Hansard 15 June 2022

PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO

SENATE CHAMBER

Wednesday 15th June, 2022

The House assembled at 10:30 a.m.

(MR. VICE-PRESIDENT In the Chair)

PRAYER

THE CHAPLAIN led the House in Prayer

ANOUNCEMENTS FROM THE CHAIR

MR. VICE-PRESIDENT:  Kea le lumelisa Litho tse Khabane le lona Matona a Khabane a teng letsatsing lena.  Litho tse Khabane, litsebiso tsa rona ke tse latelang: hang ha Ntlo e phomola kajeno College of Chiefs e tla kopana hona ka mona ka Ntlong.

Tsebiso ea bobeli ke ho re kamor’a lijo tsa mots’eare Komiti ea Ketsa-Molao e tla kopana le Lekala la Puso ea Libaka la Borena hona ka mona ka Ntlong ho tla ts’ohla Sets’oants’o sa Molao sa Local Government Bill, 2016.

Hosane ka Labone la la 16 Phutjane, 2022, hang ha Ntlo e phomola National Aids Commission e tla tlalehela Komiti ea HIV/AIDS ka boemo ba kokoana-hloko ena naha ka bophara.  E leng ntho e bitsoang Mid-Term Review to the National Performance on Progress to HIV/AIDS Responses in the country.  Litho tsohle li’a mengoa.

Next Item, Mr. Clerk.

ORAL ANSWERS TO QUESTIONS

HON. SENATOR S. K. MASUPHA:  Ntlha ea Tsamaiso, Mohlomphehi.  Ke bone ha re fuoa molaetsa hore College of Chiefs e kopane hang ha Ntlo e koala.  Ka ‘nete re ile ra itlama hore re tla leka ho sebetsa ka thata hore mosebetsi oa rona o tsebe ho tsamaea kapelenyana. 

Ntlha ea Tsamaiso eo ke emang ka eona ke ea hore na ho hlokomelehile hore mariha aa a mabe haholo, ‘me ha re sebetsa ka mor’a tinare rona ba bang re ea hole.  Na, Mohlomphehi, u hlokometse ka Ntate Clerk hore re ile ra etsa kopo ea hore ka ‘nete litaba tsa ka mor’a tinare re se ke ra li isa hole haholo.

MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa ka oa Lioli, kea tseba uena ha u bue molemong oa hobane feela u batla ho bua, ha u re hae ho hole.  Ha ho na motho eo ke reng hae ho haufi ke utloahale.  Ha re sheba Melaoana ea rona ea Tsamaiso hore na lihora tsa ts’ebetso ke life, u tla bona hore there is nothing unusual ka ho sebetsa in the afternoon.  Ka hona ha ho na Ntlha ea Tsamaiso mono.  Actually, Morena oa ka, you are the one who is out of order.

Leha ho le joalo, hoo e leng ‘nete ke ho re ho se ho bata, eno re e etse hloko, ‘me le ho latela calendar ea Paramente nako ena eo re leng ho eona ha e sa le eona.

Morena oa ka u tla hopola hore Ntlo e ile ea etsa qeto ka mona hore ho latela mosebetsi o teng, re tlil’o eketsa nako ea rona ea ts’ebetso.  Ke Ntlo ena e laetseng Setulo hore ho be joalo.  Ho ile ha luloa ha etsoa qeto.

Marena a ka, rea tseba hore na ha re batla ho fetola taba eno re ka etsa joang.  Re se ke be ra qobella Setulo to the corner.

160. MASERU DAWNING (PTY) LTD FAILS TO PAY THE BALANCE AMOUNT TO THIBELI WOOL AND MOHAIR GROWERS ASSOCIATION.

Hon. Senator M. Hloaele asked the Minister of Agriculture and Food Security if he is aware that on the 8th June, 2020, Maseru Dawning (PTY) Ltd informed Standard Lesotho Bank about the payment to Thibeli Wool and Mohair Growers Association amounting to M827,717.35 and M257,683.58 respectively.  The outcome of investigations prove that the deposit into the bank account was only M123,150.09 with an outstanding balance of M134,533.49.

If the Minister is aware, how soon shall he ensure that Maseru Dawning pays the remaining balance of M134,533.49 to Thibeli Wool and Mohair Growers Association.

HON. MOKOMA (MINISTER OF AGRRICULTURE AND FOOD SECURITY):  Kea leboha, Ntate.  Karabo e tjena:  Ho latela lethathamo la lihoai tse kuteloang ke Maseru Dawning mokutong oa 2018/2019 Thibeli WGA e ne e kolotoa chelete e kaalo ka M25,631.21, ‘me e se e lefiloe.

Ha e le lethathamong la lihoai tse kolotoang mokutong oa 2019/2020 Thibeli WGA ha e hlahe lethathamong la mekhatlo kapa lihoai tse kolotoang ke Maseru Dawning. 

Kea leboha, Mohlomphehi.

HON. SENATOR M. HLOAELE:  Kea utloa Letona le re’ng.  Ke ne ke re feela ha Letona le re ha e hlahe, ke batla ho lumela hore ke ho sheba li-record tse teng Lekaleng.  Ke mpa ke re na ebe Letona le ile la its’oenya hore le ke le kopane le batho bana ba ngotseng mangolo ana hore ba ke ba otlolle litaba tsena tse hlahang mona Potsong. 

Mangolo ‘ona a teng a ngotsoeng ke Maseru Dawning ka litaba tsena.  Joale ke ne ke utloa eka Letona le ichebetse record Ofising ea hae, ha a ea ho batho bana.  Ke tla le fa li-copy haeba Letona le utloa eka lea li hloka, ho lelekisa taba ena.

MR. VICE-PRESIDENT:  U re Letona le Khabane u bona le entse rely ho Ofisi ka information?  Ke batla ho utloa hantle.

HON. SENATOR M. HLOAELE:  Ke re ho latela Karabo ea Letona, le mpha maikutlo a hore Letona le felletse Ofising Lekaleng mono feela, ha le ea ea ho batho bana bao ho buuang ka bona.  Ke re ke pelaelo ea ka ho latela Karabo.

HON. MOKOMA:  Kea leboha, Mohlomphehi.  Ke nahana hore ‘na le eena re basebetsi-‘moho ba ka etsang hore re shebele sechaba sena hore se phele hantle.  Ntho eo ke e thabetseng ke ena ea hore Setho se tla mpha mangolo ao a lumelang hore ke tla tsoela-pele ka ho sheba taba ena.  Ke tla a kopa, Ntate, hobane joale ke ne ke se na litaba tsa ts’alo-morao ea hore na re ka sala taba ena morao joang hafeela mangolo a joalo a le sieo, ‘me ho se na le bopaki bo bonts’ang hore eka nna eaba banka e ne e fane ka litaba tsa mofuta o joalo.

MR. VICE-PRESIDENT:  Kea leboha Letona le Khabane.  Ebile u nthusitse, ke ne ke nahana hore u tla be u se u se kopa senannapo seno, hobane joale ke belaela hore u ne u sa tl’o tseba ha se le sieo.

HON. SENATOR M. HLOAELE:  Ke kopa hore Setulo se ke se shebe Potso ena.  Ho bonts’oa lengolo la la 8 Phuptjane, 2020 le ngotsoeng ke Maseru Dawning.  Ke ne ke se ke mpa ke re nka fana ka likopi, feela ha ho hlokahale – in the light ea hore lengolo lena le bonts’itsoe mona, ke lona leo ke utloang eka Lekala le ka be le le sebelisa.  Litaba tsena mono ho beng ba tsona li teng, lengolo le qotsitsoe, e ne e le ho nolofalletsa Letona hore ho ka etsoa ts’alo-morao, ke sa fane le ka bopaki bona.  Bo teng mono.

MR. VICE-PRESIDENT:  Ke ne ke utloile eka kaha u ne u se u elelletsoe hore na ekaba khaello e bile hokae ho Letona le Khabane, ha u ne u na le senannapo ha ke bone hore na bothata ba hore u hle u mo etse – eka nna eaba joalo ka ha u bolela, ‘me kaofela re ka elelloa hore ka nako e ’ngoe mohlomong Bohlanka ho na le litaba tseo bo sa fanang ka tsona.  U etse hore Letona le tsebe taba eno, ha ke bone khang.  U tla mo atamela ha ke re Setho se Khabane?

HON. SENATOR M. HLOAELE:  Mohlomphehi oa ka, ho etsahala’ng, u se u mo arabella, kapa ho etsahala joang?

HON. MOKOMA:  Kea leboha,  Ntate.  Ke tla li sala morao, lehoja joale ke bona eka lengolo ho thoe le isitsoe Standard Lesotho Bank.  E leng ho re ha le ne le tlile Lekaleng ho ka be ho bile bobebe hore ebe re batlile litaba tsena.

HON. SENATOR M. HLOAELE:  Ntate, lengolo le qotsitsoe ke lena.  Ha ho hlokahale hore ebe ho tla uoa bankeng kapa kae.  Ke ea ka lona mane ho Maseru Dawning hore ka letsatsi le itseng mona Ofising tsa hau le nts’itse lengolo le tjena.  e-e ka ‘nete, Ntate, ke utloa eka e-ea latola eno.  Bopaki ke bona ba lengolo lena, le teng ho Maseru Dawning mane.

MR. VICE-PRESIDENT:  Kapa joale ho lahlehile ‘na.  Letona le Khabane ke utloa eka le re bona e le Ofisi ea Lekala ha ba bona lengolo, ha ba le tsebe le ho Maseru Dawning, haeba ke utloile hantle na Letona le re’ng.

HON. SENATOR M. HLOAELE:  Ntlha ea Tsamaiso, Mohlomphehi.  Ke kopa u se ke ua arabella Letona le Khabane.

MR. VICE-PRESIDENT:  Ke mosebetsi oa ka hore moo ho se nang kutloisisano ke leka ho nolofatsa ts’ebetso.  Ke ho re le moo ntho e ntseng e thatafetse, ke e tlohelle feela e thatafale le ho feta!  Ke leka hore re fihlelle hore na ho ba bonolo joang hore re utloe hore na hoo e leng taba ke hofe.  Ntumelle ke etse oa ka, joale ka ha u ntse u etsa oa hau oa ho botsa.

HON. MOKOMA:  Kea leboha, Ntate.  Ka’ nete mona Potsong ha ke bone moo ho qotsitsoeng nomoro ea lengolo, empa feela Potso e botsehile ka sebopeho se tjena.     

“Hon. Senator M. Hloaele asked the Minister of Agriculture and Food Security if he is aware that on the 8th June, 2020, Maseru Dawning (PTY) Ltd informed Standard Lesotho Bank about the payment to Thibeli Wool and Mohair Growers Association amounting to M827,717.35 and M257,683.58 respectively.  The outcome of investigations prove that the deposit into the bank account was only M123,150.09 with an outstanding balance of M134,533.49.”

Ha ho na moo ho qotsitsoeng taba ea hore na lengolo le hokae.

HON. SENATOR PROF. N.L. MAHAO:  Kea leboha, Mohlomphehi.  Ka ‘nete ke rata ho qala ho eona ena, Ntate.  Kea tseba ho ba litaba li nyehlile haholo tsamaisong ea Lesotho hoo re lebalang hore – hore li tle li loke ke ho re Executive e be fully accountable ho Matlo ana a mabeli a Paramente, ‘me e etse exercise matla a eona haholo.

Ha Potso e ne e supa litaba tsa mangolo, eba mohlaope Letona le ne le sa hlokomela, tebello ke ho re ka Bahlanka, Letona le tla sala litaba tsena morao, e re ha le tla ka Ntlong ka mona le se ke la iphapanyetsa hore lengolo le qotsitsoe mona.  It is their duty to have done all the necessary research.  Ba batle lengolo lena joale ba tsebe ho tla fana ka Karabo e kholisang – not a hide and seek answer ka mona, e koalang leihlo hore ha re tsebe letho ka lengolo.  Their responsibility is to have found out, joale e re ha Letona le tla ka mona, le be le tla ka Karabo e hlakileng.  Eba ke e latolang litaba tse hlahang mona, kapa e li tiisang. 

Joale ke ne ke re, ka ‘nete, Mohlomphehi, ua fosa ha u leka ho sireletsa Letona ka taba ena.  You are not ensuring hore this House e etsa hore the Executive e-be accountable, ‘me e ba accountable ka hore e fuoe Notice.  This is a Notice hore ntho ke ena_ It may not have come to you directly ho Lekala, but ha u se u filoe Notice, you go and investigate and then u tl’u fana ka full account  ho Ntlo ena.

Ka ‘nete ruling eo ke utloileng eka u fane ka eona, Mohlomphehi, ho hang joale e kenya letsoho ho nyehlisa tsamaiso ka hore ebe the Executive ha e nke matlo ana a Paramente seriously.  It shouldn’t be in that way.

Ke ne ke mpa ke batla ho fetela pele, Ntate, ena ke e chakela hobane ke bona u ntse u kalla Setho se Khabane Mohlomphehi Hloaele ka Potso eo ke utloileng ‘na e le very legitimate.

Ke ne ke rata hore ka Potso e nyanyeletsang    Mohlomphehi Vice-President, Mohlomphehi Letona, litaba tsena tsa Maseru Dawning ke selemong se fetileng mathoasong a sona ha ‘Muso o re o tla phallela lihoai tseno tse kolotoang with the expectation ea hore Maseru Dawning eona e tla buselletsa ‘Muso chelete ena ea sechaba eo eona e e kolotang lihoai.

Potso ea ka ho Mohlomphehi Letona ke hore na ebe a ka hlalosetsa Ntlo ena e Khabane hore na a year later na Maseru Dawning e se e patetse chelete ena ea sechaba e ileng ea tlameha ho tsoa mokotleng oa sechaba ho patala lihoai tse neng li sa kolotoe ke sechaba sena sa Basotho ka likhafa tsa sona empa li kolotoa ke Maseru Dawning na?

Ea bobeli, na Mohlomphehi a ka hlalosetsa Ntlo ena e Khabane hore na ke ‘nete kapa ha se ‘nete hore ho ile hoa ba le  lipatlisiso tse ileng tsa etsoa tlas’a Lekala la Small Businesses holim’a litaba tsena tsa hore na lichelete tsena tsa boea tse sa kang tsa pataloa lihoai ka lilemo tseno tseo ho buuang ka tsona haholo-holo 2018/19, ‘me lipatlisisiso tseo e ka ka li ne li supa ha e ka ba ho na le ba bang ba boholong bao e ka ‘nang eaba ba bile le maleo cheleteng ena e neng e ts’oanetse ho pataloa lihoai, ‘me e ka ‘na eaba litaba tseno ke litaba tse lutsoeng holimo hore Basotho ba qetelle ba tsebile. 

Ana a ka tiisetsa Ntlo ena e Khabane hore tsena tseo re ntseng re li utloa ha se tsona kapa ke tsona na?

HON. SENATOR S.K. MASUPHA: E ntse e batla e le ts’alo-morao ea Potso ea Mohlomphehi Hloaele.

 Ka ‘nete leha eba ho thoe lengolo ha lea qhoahelloa le buang ka litaba tsena, ha ho ka hoa baloa litaba tsena tse Potsong mona li se ntse li bua ka lengolo.

Ho thoe ho patetsoe chelete e kana, ha ho hanoe hore e patesoe feela ho thoe ho na le outstanding balance ena eo ke bonang hore Mohlomphehi Letona la ka o iphapanyetsa eona.

Oe! Mohlomphehi ke se mpa ke re na u hlokometse hore bahlanka ba tla qetelletse ba u lihella tora ka litaba tseo e seng tsa hau, e le litaba tsa ts’ebetso ea bahlanka ka tlaase ka mola na?

HON. SENATOR R.P.L. PEETE: Mohlomphehi Vice-President, ke ne ke re, Ntate, molemong oa seriti sa Ntlo ena e Khabane ea Basotho, ho lokela hore ha ho bonahala hore ekare ho na le taba eo eseng ‘nete Ntate Vice-President, ka Tafole ea hau kapa ha ke tsebe hore na remedy e ee ebe efe ha ho na le bothata bo ts’oanang le bona.

Ha ho nepahale hore kahar’a Ntlo ena ea sechaba sa Basotho, eo Basotho ba e ts’epang, eo Basotho ba e ratang, ba thehile tsebe hona joale tjena, ba mametse litaba tsa bona, ebe  eba ho hlaha Ntate Sekatle e ka ho na le mang ea kang, ha ke batle hore eo e kang o bua leshano hobane ke tla be ke bua lentsoe le seng parliamentary, feela joale ke re ho na le hoo ekareng either ho thoe ke Maseru Dawning kapa ke Ministry, e seng Minister ke re Ministry, ho na le hoo ekareng ha ho bue ‘nete.

E mong o re ke patetse, e mong o re kea kolotoa. Joale na kahar’a Ntlo ee, Mohlomphehi oa ka, hoa nepahala hore re tlise litaba tseo e seng tsa ‘nete hobane hono ke ho thetsa Basotho, either ke Maseru Dawning kapa ke Lekala na?

Taba ena, Ntate Vice-President e lokela hore re se ke ra e nka e le taba feela, taba eno e lokela hore Tafole ea hau haeba ke ka eona, Lekala le hlake hantle hore na, hobane ha ho na horeLekala le tla romella Honourable Minister mona eo re mo hlomphahng hakaana-kana ka litaba tse sa ts’oareheng kapa haeba ha se Lekala, hobaneng ha Maseru Dawning Pty Ltd e ka ngolang litaba tseo eseng tsa ‘nete, eaba e li romella kahar’a Ntlo ena?

Taba eno e tla thefula seriti sa Ntlo ena haholo, Ntate, haeba we can carry on like this. Sena se bolela hore, Ntate, something should be done.

Ke boikokobetso boo ke bo kopang, Ntate, hore oele! Ntlo ena molemong oa seriti sa eona re se ke be ra tlohella litaba tseo e seng tsa ‘nete, li ‘ne li qaputse kahar’a Ntlo ena li kene li tsoe.

Matona a lokela hore a hlomphe Ntlo ena, Ntate. Lekhotla la Matona le lokela hore moo le lulang ebe le eletsana hantle hore ha ba tla  kahar’a Ntlo ena ea sechaba, ba tle ka litaba tsa ‘nete.

Okay, ke ne ke re e se ke eaba le se le le forum e ‘ngoe e fapaneng le ena.

MR. VICE-PRESIDENT: Qetela Morena!

HON. SENATOR R.P.L. PEETE: Ok, ke ne ke re taba ea bohlokoa-hlokoa, Ntate, ke hore Ntlo ena e Khabane e …

HON. L. MOKOMA: Litabeng tsa Mohlomphehi Mahao ke kopa ho li arabela ka hore re se re nkile khato e kholo haholo ea hore ebe re le Lekala re tl’o tla re kenya Ntate enoa oa Le-China oa mohoebi kahar’a ho Makhotla.

E leng hore ka bokhuts’oanyane h’a e-so ka a patala chelete eo ‘Muso o neng o e nts’itse ho mo patallela lihoai feela joale rona re se re nkile khato ea hore a tl’o tla a khutlisa chelete eno ea likhafa tsa Basotho.

O botsitse potso e ‘ngoe ea hore na ebe  ha se hobane ho ne ho e-na le mabitso a ntseng a hlahella hore e ka ‘na eaba ho na le ntho eo ba e entseng le mohoebi enoa, ka ‘nete eno ke tla sitoa ho e arabela ha ke e tsebe.

Tabeng ea Morena oa ka oa Mats’ekha, ke kopa ke tle ke hlalose litaba tsena hore a tle a li tsebe. Re na le mekhahlelo e ‘meli ea Thaba-Bosiu eo batho ba ileng ba isa boea ka makhetlo a fapaneng.

Ke  bane ba pele, ke bane ba 2018/19 ba ileng ba patalloa ke ‘Muso, bao ke reng litaba tsena tsa lipatala tsa bona li tsamaea ka mekhahlelo e meraro.

Rona re le Lekala la Agriculture, re bokelletsa manane ho tloha likiring mane tsa batho ba kutileng boea ba bona joale ebe ha re se re a bokelelitse manane ao ekabang a batho ba kolotoang, joale ebe re nka manane ano re fihla re a fa Lekala la Small Business hore le bone hore le patala batho bano. Chelete  e ee e fuoe Small Business e patalang joaleebe le eona ha e na chelete kahar’a pokotho, e buisana le Finance hore ebe eona e patalang, ‘me ke Finance e patalang.

Rona methati ena ea rona re le Agriculture, ea ho bokeletsa manane, re e nkile kaofela hoa eona ra e fa Lekala la Small Business, ‘me le eona re e lelekisitse, ra bona hore e e fetiselitse ho Finance.

E leng hore motho ea seng a ts’oanetse hore ebe o tla bona hore lichelete tsa batho li kena kahar’a li-account tsa bona ke Finance.

Rona re tseba mekhahlelo ea rona ea hore  ebe re patetse batho joale ka ha ho boleleha re e fetile kaofela hoa eona.

Kea leboha.

HON. SENATOR T. AU: Kea leboha, Ntate Vice-President.

Hantle-ntle ke ne ke batlile ho botsa pele Ntate Letona a araba hobane ke ne ke etsa follow-up Potsong ea Professor Mahao e amanang le litaba tse maleo tseo ke utloang Mohlomphehi a re tsona ehlile ha a li tsebe.

Potso ea ka e ne e tl’o tla eba hore na ke mehato efe eo ba seng ba e nkile khahlanong le batho bana bao e leng hore ba ile ba ikarolela maleo empa ha e le mona a re ha a tsebe, taba ena e bueha hohle mona. Ke hore na ke mehato efe eo Lekala le e nkang hore le ke le fuputse bo-‘nete ba taba ena, joale le ke le tl’o tla le tlalehela Ntlo ena hore na le fumane eng ka taba ena ea maleo hobane haeba lihoai ha lia pataloa, ho na le Bahlomphehi bao e leng hore ba ile ba ikarolela maleo, taba eno ha e nyane, e ts’oanela hore e fuputsoe joale ho tl’o tla ho fanoa ka tlaleho ho sechaba, se tsebe hore taba ena ke ‘nete kapa ha se ‘nete.

Taba ea bobeli, Mohlomphehi, eo ke neng ke batla hore ke e botse, kea utloa hore ha a araba o re bona ba fane ka mabitso ho Lekala la Likhoebo tse Nyane hore le bone hore le lefa lihoai tsena.

Potso ea ka ke hore na litaba tsee li isoa ho Lekala la Likhoebo tse Nyane hobane lihoai li nkuoa e le bahoebi ba ba nyane kapa mabaka  ke afe a etsang hore ebe li isuoa Lekaleng la Likhoebo tse Nyane?

Kea leboha.

HON. SENATOR L.S. SEEISO: Ke ne ke re, Ntate Vice-President, ho motho ea sa tsebeng letho ka bolisana o tla nka litaba hasesanyane.

Taba ke ena eo  ke reng na ‘Muso ha e le oona, ha ke re ho na le ntho eo ho thoeng ke boikarabelo bo tlamang Matona oohle e leng collective responsibility? Na ‘Muso ka Makala ka ho fapakana, hobaneng ba sa shebe sechaba sa Basotho ka qenehelo ka hore Lekala ka leng le ke le itjoetse hore le itima lehaele M10 million, ebe ho pataloa Basotho baa bao ho tsebahalang hore na boea bo kenya li-million tse kae na? Collective responsibility, Mohlomphehi.

HON. L. MOKOMA: Kea leboha, Ntate Vice-President.

Potso ena ea pele ke tl’o e arabela ka hore litaba tsa ho sala batho ba litlolo tsa Molao morao haeba ho na le batho ba chang ba ts’ola, ‘me ho na le batho ba ka fapanang ka bopaki, e ka ba litaba tsa Mapolesa.

Joale ke ne nka eletsa hore mohlomong haeba batho ba na le bopaki ba hore ho na le batho ba ileng ba fumana letho ho Lesotho Dawning, ka ‘nete ba fe Mapolesa batho bano ba ts’oaroe.

Litaba tsa Lekala la Likhoebo tse Nyenyane, litaba tsena li ntse li le ho lona hobane joale e ile eaba lona le ileng la sebetsa litaba tsena, ‘me li ne ntse li salletse ho bona mono leha li se li khutletse ka Lekaleng lena la heso la Temo feela ka lebaka la hore e ne e le bona ba neng ba tseba litaba tsena, re ile ra re ba tsoele-pele ka tsona ba tsebe hore ba patale lihoai tseno.

Ena ea hore Makala a sebetsa ka kopanelo litaba tsa sechaba, ke ‘nete e tsoileng matsoho, ‘me re li lelekisitse le hona joale re ntse re li lelekisa hore re bone hore na Finance e patala batho bana ba salletseng morao.

Ba bang ke hle ke hlalose hore ho na le ba patetsoeng hobane ba ne ba pataloa ka letsoho ke Post Bank, ‘me ho na le karolo e ngata haholo ea chelete e ka etsang M123 million eo e ntseng e le teng ka Post Bank ka mane eo beng ba teng ba tlamehang hore ba e late.

Re se re ke ra  etsa hore haeba ho na le batho ba bang ba ntseng ba lla ka litaba tsa hore ha ba e-s’o ka ba pataloa, ba ikopanye le Post Bank hobane joale rona chelete re e kentse ka mono kapa re fuoe mabitso ano a batho ba sokang ba pataloa. Re tl’o tla re sheba hore na ba bang ha se karolo ea bao lichelete tsa bona li ntseng li le ka mono ka Post Bank.

MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha Honourable Minister.

Feela ke belaela hore u lokela hore u nke mofao taba ena ea phapang ea li-balance Ntate, u nke taba eno e le mofao hore ehlile taba eno ha e ea re qi!

HON. SENATOR M. HLOAELE: Kea leboha, Mohlomphehi.

Hantle-ntle u se u ntse u buile taba eo ke neng ke re ke tl’o botsa hore na u tla fana ka ruling efe tabeng ena, ‘me u se u entse joalo.

Ke ne mpa nka ba le thahasello feela ea hore na u fa Mohlomphehi Letona hore a khutlise Karabo ena e sieo kajeno neng?

MR. VICE-PRESIDENT: As soon as yesterday.

HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE: Ke u lebohe, Mohlomphehi Motlatsi oa Madam President.

Kea kholoa motho u mpa u ema hobane u ts’oenyehile ka Sekiri sena hobane ke Sekiri sa lihoai tsa haeso tseo Mohlomphehi re tlamehang hore ebe re ile ra shebisana taba ena empa hee, Mohlomphehi, taba ea Potso ena ea Setho se Khabane Mohlomphehi Hloaele e bobebe hobane taba ke hore e ntlha li tharo.

Haeba ka la 8 June 2022 taba ee ea Maseru Dawning e ile eaba le puisano le Banka ka boemo ba lipatala tsena, eba joale ba pataloa a certain amount ho ba le an outstanding balance e itseng, taba ke hore na Mohlomphehi o re na Letona ke neng taba ee e tla bonahala e sebelitsoe?

Ke hore feela lihoai li be le ts’epo ea hore na li tla fumana thepa ea tsona neng  eseng hore na ha ho tholoa lengolo, ha ho oa etsahalang eng, taba ke hore Lekala lona ka bo lona Honourable Minister, lehaeba Trade e ea ameha, Finance e ea ameha, feela boikarabelo ke ba Lekala la Temo hoo ka kutloisiso Mohlomphehi re neng re nahana hore Honourable Minister o ne a tla fana ka taelo ho Bohlanka ba Lekala, joale bo etse research ka boemo bona ba taba, bo arabeloe boemo bona.

Mohlomphehi, re mpa re re na u re fa tiisetso ea hore o tla arabela sechaba kapelenyana hakae kaha joale ho bonahala ba se ba ea ts’ebetsong eane ea bona ea likhetho na?

HON. L. MOKOMA: Kea leboha, Ntate Vice-President, ke tla fana ka Karabo bekeng e tlang e le hobane joale ke re re tle re tsebe ho il’o e lelekesa, re shebe hore na batho ba salletseng morao bana ba 2018/2019 na bothata ke bofe.

Ke ‘nete hee re ne ntse re bo sala morao, ‘me Finance e itse e tla patala ha e s’o ka eba le chelete e lekaneng ho patala feela joale ke tla boetse ke khutlela ho eona, ke bone hore na ke kapele hakae ba tlang hore ba patale bekeng eona ena.

MR VICE-PRESIDENT: Kea leboha Honourable Minister.

O’a tseba Honourable Minister ke re nke ke etse tjena, ke batla re kee re u phomotse hanyane re etse tjena.

Laughter

163. PAYMENT OF TERMINAL BENEFITS

HON. SENATOR M. HLOAELE (POINT OF ORDER): Potso e seng e botsoa ke ea 163. Ke ne ke mpa ke botsa hore na ena eo re qetang ho tloha ho eona e ne e le 160 na?

MR. VICE-PRESIDENT: Ho joalo Honourable

HON. SENATOR M. HLAOELE: Ho na le 161, ho na le 162 joale re se re ea 163?

MR. VICE-PRESIDENT: Ho joalo Honourable Member, I am fully aware hore na ke ntse ke etsang.

Question deferred

161. PENDING PAYMENT TO TERATENG WOOL AND MOHAIR GROWERS ASSOCIATION.

Honourable Senator M. Hloale asked the Minister of Agriculture and Food Security if he is aware that in 2019 the payment to Terateng Wool and Mohair Growers Association in Maliba-Mats’o was not processed.

This payment must be made to 104 farmers that sent their products to Thaba-Bosiu Wool and Mohair Centre.

If the Minister is aware, how soon shall he intervene and ensure the payment to these farmers?

HON. L. MOKOMA: Kea leboha Ntate President.

Karabo ke ena.

Mekhatlo eohle e rekisitseng boea le Thaba-Bosiu ka mokuto oa 2019/2020 o kenyelletsa Terateng WMGA ha o s’o pataloe. Lipalo-palo tsa rona li bonts’a kakaretso ea lihoai tsa Terateng WMGA tse kolotoang ke Thaba-Boisu Wool Centre e le makholo a mabeli le leshome, e seng lekholo le metso e mene joale ka ha Potso e ne e botsoa joale ka ha ho boletsoe ka holimo, leha ho le joalo mokhatlo oa Sky Light o se o qositse Thaba-Bosiu Wool Centre ka mokoloto ona kahoo taba ena e se e le Makhotleng a Molao ‘me re tla sitoa ho kena ka ho eona.

Kea leboha.

HON. SENATOR M. HLOELE: Kea leboha, Mohlomphehi.

Letona le Khabane le se le ile la ba ka Ntlong ena la ba la bonts’a hore ho patetsoe lihoai tse itseng ‘me ke ile ka kopa hore nke ke thusoe hore na ka mane ka Leribe eka ba ke tse kae ’me Mohlomphehi o ile a mpha hore ke ba bararo ba setseng.

Potso ea ka ke ena…

MR. VICE-PRESIDENT: Order, ho na le wireless ka mona, e ntse lla kae? (laughter).

Tsoela-pele.

HON. SENATOR M. HLOALE: Kea leboha, Mohlomphehi.

…ha ka nako eno ho ne ho thoe ho ne ho setse lihoai tse tharo feela joale 2019 kaofela hoa bona ebile joale e se e ba mpe haholo u se a fana ka tse ngata haholo e leng 210 as opposed to 104.

Ka ‘nete kea leboha ka tlhahiso leseling ena e leng hore ba bangata haholo ba sa lefuoang hohang ka 2019 feela a ne a etse tlhaloso ka mona Letona le Khabane hore ke ba bararo feela ba setseng. 

Mohlomphehi, ke kopa Letona hore mona Potsong ho buuoa ka Lihoai tsa 2019, ‘me ke utloa a bua ka sky light e neng e le sieo ka 2019 mona Potsong. Joale Letona a ke a ntlhalosetse hore na hana joale Potsong ena, e kena joang?

Kea leboha.

HON. MINISTER:  Kea leboha, Ntate Vice- President.

Batho ba neng ba patalloa ke ‘Muso, ke ba 2018/19. Taba ke hore na, ke ba 2019/20 kapa ke ba 2018/19 na? Ke  hobane le mona ha e ea hlalosa hore ke ho tloha selemong sefe, ho fella ka se fe.

Ke hobane ba 2018/19, ke bona bao ke r’eng re ba patetse. E se e le hore feela batho bao li-Chelete tsa bona li s’o kang li fihla ka hare ho matsoho a bona, ba teane le Post Bank. Empa ba bang ke bana ba salletseng hore e be Finance e tla tséla li-Chelete kahar’a li-Account tsa bona.

Ke ne ke buisana le eena le ho arabela taba eo. Ke bua ka batho ba 2018/2019. Bana bao re ba entseng list mona ha ba hlahe, ‘me tumelo ke hore ekann’a eaba  ke bana ba 2019/2020. E leng ho re re tla kopa –aAccount Savings tsa bona, re tle re tsebe ho sala taba ena morao.

Kea leboha.

HON. SENATOR M. HLOAELE: Mohlomphehi, kea leboha.

Ke ne ke nahana hore karabo e tla etsa ke utloe, empa Mohlomphehi oa ka ke utloa a ntse a nthatafalletse hofeta. Potso e hlakile ke 2019. Che, hore na 2019 ke e qopetsang ka 2018 feela e fella ka 2019 joalo, ka Selemo sa li-Chelete – o tla ntlhakisetsa. Empa haeba re bua ka 2019 as a calendar year, 2019 potso e re ha e ea le fuoa hohang. ‘Me Mohlomphehi o se a bile a e ekelitse hore 210 not 104 ha ea lefuoa hohang.

Ha a re, ho na le ba lefuoeng mona. Ho thoe ha ba lefuoa hohang!

 Ka ‘nete ke kopa a ke a ntlhakisetse taba ena, Ntate. O ne a ntse a e-s’o qete ea sky light. Mona moo re buang ka teng e ne e le sieo. Che, kea kholoa o ntse a tla ho eona.

HON. L. MOKOMA: Kea leboha, Ntate Vice-President.

Ke kopa hore batho ba esó lefuoe, e leng bana bao re entseng lipalo tsena tsa bona, ke batho ba 2019/2020. E leng bana bao ‘Muso o sa kang oa itlama hore o tla ntsá chelete, o ba patalle. E leng ho re tumelo ea ka e mpha hore ehlile o bua ka batho ba 2019/2020.

Ba 2018/2019, ke bana bao ‘Muso o ba patalletseng, bao ke seng ke buile ka bona hore ba patalletsoe. Re le Lekala, re entse mosebetsi oa rona hore ba pataloe. Ekaba taba ea ho re ba bang ba bona ha ba s’o late li-Chelete tsa bona Post Bank. Empa ho ntse ho ena le karolo ea batho ba ka etsang…, se ke lebetse hore na ke hundred and mang, bao bona ba ts’oanetseng hore ba fetisetsoe tsa bona ke Finance.

Bana re ba shebile, ‘me re bone hore ke ba 2019/2020. Ke  ba tsóanetseng hore ba pataloe ke mohoebi eo oa lechaena , bao Skylight, e leng mokhatlo oa bona, o seng o nkile boikarabello ba hore o kentse nyeoe ka khotla.

Kea leboha.

HON. SENATOR M. HLOAELE: Mohlomphehi, kea leboha.

Ntate Minister o ntse a nthatafaletsa 2019. Potso e re ha ea lefuoa hohang terateng. WMGA 2019, ha e ea lefuoa.

 Ke kopa Mohlomphehi oa ka a ke a shebe taba ea potso ena, feela tsena tse ling tse ka thoko tse sa hlaheng mona a ke a li tlohelle hanyane, hobane ke tla qetelletse ke ferekane. Ke se ke sa utloe hore na o r’eng. 2019 terateng ha ea pataloa hohang, ebile ke re, ke u ekeletsa ka hore ke 210, ho fapana le eane eo ho thoeng ke 104. Ha ba pataloa hohang.Ke ntse ke boetse ke pheta hape, 2019 ,ena eo ho buuoang ka eona, e leng Sky light, e ne e le sieo. A ke a e behe ka theko hanyane, e ne e se Karolo ea 2019 Sky light. Mona a ke a otlolle potsong mona, hle; tse ling kea li utloa feela joale kaha ha li hlahe Potsong mona ke utloa ke ferekane, karabo ha e ‘nolofalle.

Kea leboha.

HON.L MOKOMA: Kea leboha, Ntate President.

Taba ena e thata hobane joale re sebetsa lilemo ka ho tloha ka selemo seo batho ba kopileng ka sona, ho fella ka nako ea Selemo seo li-Chelete tsa bona li tla be li felletse. Eleng ho re ho tloha selemong se itseng, ho fella ka se itseng. ‘Me bana bao mabitso a bona a hlahang mona, ke bana bao re bonang hore ke batho ba Skylight.

Taba ke hore na ehlile o batlile hore na ba ne ba kutile mokutong ofe.

HON. SENATOR M. HLOAELE (Point of Order): Mohlomphehi Ntate Letona…

MR. VICE-PRESIDENT: Order!

Honourable Minister fana ka karabo, joale eena a tle a etse tsálo-morao, moo khaello e leng teng. Re balehe hore ho be le dialogue.

HON. SENATOR R.P. L. PEETE (Point of Order): Ntate Vice-President.

Ka ‘nete ha ho hlokahale le hore nako e ‘ngoe, ntho e ‘ngoe e be e ngoloe fatsé. Molemong oa progress, kea tseba hore u thahasellong ea hore Basotho ba tsebe li- Karabo, ha ho ile hoaba le li potso tse eang Matoneng, feela ke ne ke re, moo uena u bonang, Ntate Vice-President –  che, ha se le hore ke re ha u bone, Mohlomphehi oa ka. Ke ho re moo u bonang, ho re e-ka-re ha hoa ngoleha hantle, kapa karabo e hana ho re, qii! Molemong oa ho re mohlomong re tsoele pele, Mohlomphehi oa ka, ’na ke ne ke re na eseng mohlomong Honourable Minister a tle a il’o kopana le Bahlanka, ba chorise Potso ena, hobane hoa hlaka hore ehlile re lieha ho utloisisa hore na karabo e r’eng, ha potso e r’eng?

‘Na ke ne ke re, Ntate, ka boikokobetso ba ka, ke etsa khothaletso ho uena, Mohlomphehi oa ka, ho re u mp’u etse khothaletso ea hore Minister a il’o re, Bahlanka ba chorise Potso ena hantle. E tle mona e tsetsitse, mohlomong ka nako e khutsoáne feela; leha ekaba bekeng e tlang, Ntate, ka kopo.

MR. VICE-PRESIDENT: Mohl’omong Mohlomphehi Letona ka-mora’ boeletsi bona ba hao will consider that.

HON. SENATOR M. HLOAELE (Point of Order): Kea leboha, Ntate.

Ke bona Ntate Minister a re, ‘bana ba hlahang mona’. Ha ke tsebe na o tsóere lethathamo lefe,kaha Potso ea 161 ha e-na Lethathhamo hohang. Joale o re bana ba hlahang mona! Mona ke kae?

MR. VICE-PRESIDFENT: Honourable Member, le uena oa e thatafatsa! Ha ke re  Potsong mo-o  o buile ka 104? Joale o entse liphuphutso ka bana ba hlahang mona, ba le 104, bao e bileng a r’eng ha ba 104, ba 210, haeba ke utloile Karabo ea hae hantle.

HON. L. MOKOMA.: Kea leboha, Ntate          Vice-President.

Ke ne ke itse batho bana ba 104 re ba shebile. Li-record tsa rona ke bona bao re reng, ke ba 2019/2020. E leng bona bao Maseru Downing e s’o ba patale. Re ba shebile from li-Record tsa rona, ra fumana hore ke ba 2019, e leng bana ba sky light ba isitseng nyeoe ka khotla.

MR. VICE-PRESIDENT: Ntate Minister, ha u bone eka re nke boeletsi ba Morena oa Matsékha?

Mohlomong re tle re se re e-na le Karabo ea rona, e se e-na le lethathamo la batho bao re buang ka bona. Joale mohlomong, a tle a bapise le bao a neng a bua ka bona, Setho se Khabane hore na lia amana na?

HON. MINISTER.:Kea leboha, Ntate President.

Ere ke bo nke, ke tla be ke mo tsóa-re, re tl’o shebisana le eena, ke tla mo bitsa…

MR. VICE-PRESIDENT:… e na, ea ha le le ka ntle, le qetella le sa lumellane neng- neng, e mong a re e mong o na re tjena, e be e mong o n’a  itse ba bararo joale e be le batla re tlise taba eo on record. Ha re  etse hore e tle ka Ntlong ka mona.

 HON.L. MOKOMA: Kea leboha, Ntate Vice-President.

Ke tl’o mo tsóara, re shebisane mabitso a no, hobane rona re se re ntse re na le ‘ona mabitso ano on record…

 MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Honourable Minitser.

 Honourable Hloaele, ua ananela, Ntate, a-kere?

HON. SENATOR M. HLOAELE: Ka tsela tsohle, Ntate.

QUESTION 162: PAYMENT TO WOOL AND MOHAIR FARMERS IN MOQHONOANE AT HA ‘MAMMENYANE.

HON. SENATOR T. AU: Kea leboha, Ntate Vice-President.

HON. L. MOKOMA: Kea leboha, Ntate Vice- President.

Karabo ke ena:

 ’e le ho nolofatsa lipatlisiso le tatellano;  e hlakileng ea lihoahi tse kolotoang. ho hlokahala mabitso a likiri tseo lihoahi li kutetseng ho tsona, setsi sa mokuto, le setsi seo boea bo rekisitsoeng ho sona. Leha ho le joalo, lihoai tse boletsoeng ka holimo ha li hlahe lethathamong la lihoai tse kolotoang ke Lesotho Wool Centre ka selemo sa 2018/2019. Ke hore Lethathamong la Mekhatlo e kolotoang ke Lesotho Wool Centre mokutong oa 2020 e leshome le motso o mong, e leng 11.

Mekhatlo e oelang Seterekeng sa Maseru, e hlahellang, ke Mokhatlo oa Rapo-le-boea le Mokhatlo oa ha Ra mabanta, ho ea ka li-Record tsa rona.

 Kea leboha.

HON. SENATOR T. AU: Kea leboha, Ntate Vice-President.

Potso e na e hlahile ka libopeho tse peli mona: ho na le moo e ngotsoeng ka Senyesemane le moo e ngotsoeng ka Sesotho.

Moo, e ngotsoeng ka Senyesemane, ke bone hore sekiri seo ba kutetseng ho sona ha sea hlaha. Empa mona moo ho ngotsoeng ka Sesoth, ho hlakile hore lihoai tsena li kutela sekiring sa Rapo-le-boea. Joale ke ne ke utloa, Mohlomphehi, eka taba ena, tsela eo a arabang ka eona, ha hlokomela hore e hore lihoai tsena re bontsítse hore li kutetse sekiring sa Rapo-le-boea ka Selemo sa 2019?

HON. L. MOKOMA: Kea leboha, Ntate Vice-President.

Ke tla kopa hore le eena re tle re se ke ra lelefatsa litaba, ke tle ke fumane li- Savings Account tsa batho bao ke tle ke li sale morao.

HON. SENATOR T. AU: Ke maketse haholo, Ntate Vice-President.

Ke ile ka botsa Potso mona, ea lihoai tsa Senqunyane  koana, Ha-Marakabei le Bokong Ha-Setala. Ke ne ke babatsa Mohlomphehi Letona ka mokhoa oo a neng a li  arabe hantle ka-teng, a bile a qololitse mabitso, a bonts’a hore enoa o fumana bokana, enoa ha pataloa hobane ho le tjena. Ke eona ntho e ileng ea khothatsa batho ba Moqhonoana, ha ‘Memenyana, ha ba utloa litaba tsena. So, I am just shocked letsatsing lena ke tsela eo, Mohlomphjehi a arabang ka eona hore na joale ho ile hoa etsahala joang hore e be o s’a sitoa ho araba litaba tsena ka tsela eo a ileng a araba pele!

 Ke ne ke mo babatsa Mohlomphehi, ka the quality of response a ileng a re fa eona. E ne e le ntle ka mokhoa o makatsang. Leha hole joalo,  ke utloa e ka o re re il’o lula fatsé.

 Lihoai tsena ha lia lefuoa, ba ke ke ba tla bokolla feela ba re, ha ba lefuoa, e be feela hothoe mabitso a bona ha eo. Taba ee, e bolela hore ba jooe haholo joalo?

HON. L. MOKOMA: Kea leboha, Ntate Vice-President.

Ka ‘nete, ke hoba re ba shebile. Ntho eo tl’o  re thusa ho re re fumane litaba ka tsela e nepahetseng, ke ha ho ba le li- Savings Account –  joale tsena ha lieo. E leng ho re ha rea li fumana.

MR. VICE-PRESIDENT: E leng ho re, Honourbale Minister, u re e cheche, e tle e arabuoe bocha ka thuso ea Setho se Khabane?

HON. L. MOKOMA: Ke ntse ke nahana hore Karabo e teng, Ntate Vice- President.

 Ke ena eo ke faneng ka eona.

 MR. VICE­-PRESIDENT:  Joale e thatafala hofeta!

Ke ne ke utloile eka ntho eo u neng u e bua…

 Honourable Minister, lula fatsé, Ntate.

Ke ne ke re ekaba u re ka nako e ‘ngoe ntho e ka u thusang ke ha li-Account li le teng, joale u iló sheba hore na li-Account,  ho ts’etsoe chelete kapa ha e eo?

 Ke  hobane u re u ba hlahlobile ha u ba fumane, ‘me u re ha se Lekhetlo la Pele ntho e joalo e etsahala; le ee tataisoe ke li-Account ha li le teng –  haeba ke utloile hantle.

HON. L. MOKOMA: Yes, ke kopa e cheche, Ntate Vice-President.

 MR. VICE-PRESIDENT: kea leboha, Honourable Minister.

Question 162, was Deferred.

QUESTION 164: PROGRESS ON THE NATIONAL REFORMS

: Question was Deferred.

MR. VICE-PRESIDENT: Feela joalo, Honourable Minister?

HON. S. SEKATLE: Ke ne ke kopile hore potso e cheche hanyane.

MR. VICE-PRESIDENT: Ke utloile! Ke re hore Potso e be teng on the Order Paper here, hoa be ho ile hoa etsoa litlhopho le litherisano.

HON. S. SEKATLE: Letona le mpa le le moraonyane feela…

(laughter)!

…le re tsépisitse hore le tla tla.

HON. SENATOR PROF. N. L. MAHAO: Kea leboha, Mohlomphehi Vice-President.

Ka ‘nete rea utloa Mohlomphehi Letona o kopa taba e cheche, empa, Ntate Vice-President, khoeling e fetileng baetapele ba mekha ea lipolotiki e teng ka Ntlong ea Bakhethoa ba ile ba memeloa hore ba tekenele Tumellano eo ho eona, ka tsúsumetso ea mokuena lipakeng…

Litaba tsena tsa Tlhopo-Bocha, haholo ka ntho ena e bitsuoeng ka hore ke Omnibus Bill, ba tla be ba thusitse ho re e be e fetile Matlong a na a mabeli a Paremente mafelong a khoeli ena e holimo ea June, eo ke belaelang hore e salletsoe feela ke matsatsi a sa feteng leshome le metso e mehlano kajeno –  empa joale Omnibus Bill, ntle le haeba kea fosa, ha e s’o fihli le ho fihla mona. ‘Me joale kaha re tseba hore methati ea ho fetisa Mela, e ka ba metelele. Empa joale ena ea Omnibus Bill, ho latela hore ehlile ke bese e kholo, e ts’etse lintho tse thata, tse ngata haholo… ke utloa eka ke Melao ea Lihlomathiso e mashome a robong. Joale e ba ha e s’o fihle moo ho rona, e be ka ‘nete re ntse re tla fihlela nako ena eo Baeta-pele  ka bochochisi ba Letona ba ileng ba etsa sign hore e tla be e fetile Matlong ana a mabeli a Paramente mafelo a khoeli ena eo re leng ho eona. Ana ebe Mohlomphehi Letona a ka hlalosa hore ka ‘nete ebe e ntse e le hantle ha ‘Muso o ts’oara litaba hantle ha o etsa tjee, eba ha o tle le ho tla ho  thoe Letona le ntse le le morao feela ba entse hore ba tekenele tumellano. Re shebahala re le batho ba joang machabeng ao re ee be re entse boitlamo bo tjee ka pele ho bona esita le ho Basotho bana bao re ikarabellang ho bona na?

HON. S. SEKATLE: Mohlomphehi Ntlo ena ke Ntlo e hlomphehang haholo, ha Letona le re Letona le ntse le tla e ts’oanela e utloe e ts’epele ho Letona hore ee ho tla ba joalo. Letona le tla tla le tlo hlalosa joalokaha potso e cho. Tsena tse ling tsa hore na Bill ena e tla fihla neng mona ke potso e ‘ngoe ha se  ena ea letsatsing lena. Hoo o ka nqosetsang hona ke hore na ke le lata joang Letona lena hore le be teng.

Kea leboha Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Minister e le hore u batla hore re ke be ra qeta mosebetsi oa rona moo Letona le so be teng?

HON. S. SEKATLE: U tsoanela u ts’epe Letona, ha Letona le buile le buile.

MR. VICE-PRESIDENT: E seng ka Ntlong ka mona. Ha Letona le buile ha le ea luma ka mona.

HON. S. SEKATLE: E le hore ha o ts’epe Motlotlehi?

MR. VICE-PRESIDENT: Ke re ha ke re ho Letona le ‘na, ke mang a lebitsong la Motlotlehi hona joale?

HON. S. SEKATLE: Letona le roetse korone ea Motlotlehi.

MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Minister! Ho na joale ha re bua lipakeng tsa Letona le ‘Na ke mang a lebitsong la Motlotlehi? [litseho]. U se u buile ntho ea bohlokoa ke re na ho Setulo le Minister ke mang a lebitsong la Motlotlehi?.

HON. S. SEKATLE: Bobeli ba bona. Ha u hlapanya mane o itlama ka tlhaphantso e ts’oanang hantle, ‘me hoo u ka ntaelang hona ke hore ke late Letona leno.

MR. VICE-PRESIDENT: Tsamaea u ilo lata Letona Ntate.

HON. SENATOR T. M. MOHALE: Kea leboha hle Ntate Vice-President. Kea kholoa litaba tseo re buang ka tsona mona ke tsa bohlokoa tseo re lebelletseng hore ha Omnibus Bill e fihla ra be re li ts’ohlile, joale ke ne ke mpa ke kopa hore na ka tataiso ea Tafole ea hau ebe mokhoa oa hore litaba tsena tsa rona tsa hleke-hleke tse buang ka Tafole na ho ka ba joang ha Letona le Khabane le ka tlo tla le otlolla litaba tseno tsa hleke-hleke na. Ka Tafole ebe ha hona mokhoa oa hore litaba tse teng potsong ea Letona tsena tseo Letona le sitiloeng ho li araba ebe re ne re kopa hore pele Omnibus Bill e kena ka koano Letona le be le balile litaba tseno tsa rona tsa hleke-hleke tse buang ka taba ea li-Reform? Kopo ea e ne e le hore na ka Tafole ha hona mokhoa oa hore Letona le ka mengoa le tlo tla le bala hleke-hleke ka koano pele Omnibus Bill e kena na?

HON. SENATOR S. G. MASUPHA: Kea leboha Mohlomphehi Motlatsi oa Madam President. U oa tseba hona le nako eo Matona a neng a hana ho tla ka mona empa ka morao hore Mohlomphehi Tona-kholo a be teng ba ile ba leka hore ba tle. Joale ha ba se ba tlile ba phoqa Ntlo ena ka likarabo. Potso ea ka ke ena, ke hobaneng Mohlomphehi a sa bolelle Ntlo ee haeba a hlile a e hlompha, a re ke Ntlo e hlomphehang hore na lebaka le entseng hore Letona lena la ka la Molao le hlolehe ho tla. Kea tseba Mohlomphehi hore ho etsoa litlhopho ke Tafole nako e sa le teng. Lekala le leng le leng le fuoa nako e lekaneng hore le itlhophe, e re ha Laboraro le fihla bahlanka ba be ba le file tse hlokahalang.

Mohlomphehi taba ena eo ho buang ka eona ke taba e bohlokoa bona boo eo Mosotho e mong le e mong a e lebelletseng, ena ea Tlhopho- Bocha, eo e re ts’osang. Re bone e ka taba ena e tla qetella e ile le moholu le mala. Re ts’ohile Mohlomphehi ke puso ea rona hore ho senyehile lichelete tse kana-kana tsa hore ho etsoe tlhopho-bocha e re ha ho lokeloa ho ea tsoa leseleng ebe ho saooa ka tsona. Morena oa ka o boletse hore pele khoeli ena e fela Mohlomphehi ho tla be ho entsoe hore litaba tsa tlhopho-bocha tsa be li tlile ka Matlong a mabeli. Na ebe taba ee ha se ho leka hore taba ebe e qetelle e sa etsahala na?

MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha Morena oa ka oa Lioli. Honourable Sekatle o tla re qaa! Litabeng tsa Morena oa Tajane le Morena oa ka oa Lioli?

HON. S. SEKATLE: Ke arabile, ke utloa Morena oa ka oa Lioli a ntlhokela toka hobane ka ‘nete ke hlompha Ntlo ena ke tlile, ke ‘na enoa ke teng mona- o re ke ea mo phoqha

MR. VICE-PRESIDENT: Tlohella ba fats’e Honourable Minister.

HON. S. SEKATLE: Ke re ha ke mo phoqe ke phathahane haholo ho batla Letona lena hore le tlo hlompha Ntlo ena, joale eena o omanya ba kerekeng ba ka hare ho kereke. Ha re ts’epe hore Letona lena le tla tla le tlo araba ka nepo hobane ha nkare ke ea araba ke tla tloha ke tlaela ka ntho ena ea bohlokoahali e potsong mona. Ke ne ke kopa a nkinele matsoho metsing hore re batle Letona lena re utloe na le ho kae le tle le tlo araba ke phetho ke tu!

MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha Honourable Minister. Honourable Minister hothoe ekare ho na le e salletseng morao potso ena e neng e botsitsoe. Ea hore na ha re nka taba ea collective responsibility na –le Ntate Mohale o ne a ile a re e tla re pele Bill e kena ka koano litaba tsena tseo e leng li concern li be li qoqiloe na? Le haeba sefolo ha se sa hao na o keke oa re letho ka tsona na?

HON. S. SEKATLE: Ee! Tsona li tebile haholo li batla mong’a tsona. Nka li leka empa ha ke batle ho tlaela ka litaba tsa bohlokoa tse ts’oanang le ena eo re buang ka eona. Ea Morena oa ka oa Tajane eona joalokaha a laela ho tla ba joalo. Ho ke ke ha tlisoa Bill ka mona ho so arabeloe litaba tsena tsa bohlokoa tse botsitsoeng.

HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Motaung oa ka ha a ke a arabe potso a se kenne a ea koana le koana. Taba e ‘ngoe le e ‘ngoe every Cabinet decision is taken around the table ea Cabinet, ‘me litaba tsohle tseo li ntseng li sebetsoa Ntate Sekatle oa Motaung e le a well experience as a Minister he knows hore na Cabinet e ntse e inahana joang ka Omnibus Bill, o mpa a sa rate ho re araba. Kea u kopa Ntate ha ke etsa Point of Order hore u mo qobelle hore a arabe taba ena hobane ka ‘nete ha ho na ntho eo Ntate a ka reng e etsoa without his knowledge. Hobane ha se hore ha ho bua ka litaba tsa Justice o ea ka ntle ha a limamele, that is why we are persistent on what we call collective responsibility. Ha ke tsebe haeba le Ntate Letona la Temo a ka araba a re thusa le eena ba kopanele karabo ena hore na is the Government committed ho tlisa Omnibus Bill in this House, ebile na ha se morero oa bona hore re ithute eona joaloka Komiti ea Morena ea Legislative na? Ke hore it is a Point of Order ebile e na le question. E re Letona le arabe potso ena Ntate.

MR. VICE-PRESIDENT: Ke u bone Morena oa ka oa Likhoele. Ke ne ke re Morena Khoabane  o’a e nonts’a. Ke na le Honourable Minister of Health, Honourable Minister of Agriculture le Honourable Minister of Local Government. Kapa e re re linke li le leshongoana. Re nke le uena Honourable Au, le uena Morena oa Likhoele ba tla be ba se ba liaraba ‘moho.

HON. SENATOR T. AU: Kea leboha Ntate Vice-President. Ke ne ke re Lekala lena leo ho ntseng ho bua ka lona mona la Justice le na le Matona a mabeli. Lena le Letona le Motlatsi oa Letona. Ke Ntate Rakuoane le Mokhethoa oa Motete ha ke sa hopola mabitso a hae, bobeli ba bona ha ba eo. Joale re bone mohlolo morao tjena hore makhotla a lipolotiki ka matona ba tsoara li-rally hara beke, motho o se o ipotsa na ha ba ea ts’oara rally, ke hore ha ba ea sebokeng sa lipolotiki ha e le mona ba le sieo tjena. Kea tseba hore Honourable Sekatle a ke be a ba tsoa tlaase ka lebaka la hore it is a collective responsibility, o tla leka ka hohle hore a ba ts’ireletse. Feela motho u se u ipotsa Mohlomphehi hore na –

HON. MEMBER: Le bolotsana?

HON. SENATOR T. AU: E-e ha ke bue ka bolotsana. Ha ke mo tsebe a le bolotsana hohang. Feela ke ne ke re ke se ke belaela Mohlomphehi ekanna ea ba batho bao re ntseng re bua ka bona mona ba ile sebokeng sa lipolotiki hobane ho ts’oaroa liboka le hara beke marao tjena, pele Paramente e koaloa.

Mohlomphehi Mahao o buile taba ea bohlokoa mona ea hore re tekenesitsoe tumellano mona e reng pele khoeli ena e fela eabe e le hore Bill ea Omnibus Bill e fetile ka mona ka Paramenteng hobane ebile ho thoe e fete pele Paramente e qhaloa, e fete pele ho likhetho. Re ne re le leqe ho e tekena ntho eno hobane re belaela hore ke mokhoa o potelletseng oa ho chechisa likhetho. Oa hore ‘Muso o re behe k’honeng ho chechisa likhetho. Ka’ nete litaba tsena tse etsahalang ke bona eka ehlile li isa hona mono hore –Mohlomphehi o itse ho setse matsatsi a leshome le metso e mehlano, ha ho sala matsatsi a leshome le metso e mehlano. Ha hoa sala matsatsi a leshome le metso e mehlano. Ho setse a katlaase ho mono hobane o kenyelelitse li-weekend. Letsatsing lena ke li-15 ho itsoe li-30 eabe e le hore Bill-ntate Moseneke a le teng ho itsoe li-30 Bill eno e tla be e fetile. Ha e so ka ba e feta kajeno. Potso ke hore na re tla e qeta neng ntho e tenya hakaalo? Re ne re bile re hana ho tekena, re hana ho tekenela litaba tseno re re na ntho e kaale-kale ebile e nang le ka hare ho eona litemana tseno tse 31 ka hare ho eona, Omnibus Bill eno e fetola litemana tse ka hare ho Molao oa Motheo tse hlokang simple majority hore li fete ha li na hoba le bothata. Hona le tse hlokang 2/3 majority ea both National Assembly and Senate. Ho na le mokhahlelo oa boraro oa litemana tse fetotsoeng ka hara Molao oa Motheo tse hlokang 2/3 majority le Referendum. Joale potso ke hore na –re ne re re na ntho ee ha e re faseletse hore re se ke ra ea likhethong ka nako e kae e setseng e tjee? Ke ntse ke hopola hore Mohlomphehi Letona ka nako eno-hobane ke e mong a neng a chochisa taba eno o boletse hore ke e mong a neng a chochisa taba eno-ke ne ke re ke utloile a sa e buoa, ka utloa a e buoa qetellong. Ke eena a neng a chochisa hore taba eno e tekenoe.

HON. MEMBER: Mang?

HON. SENATOR T. AU: Ntate Rakuoane. Joale ke re ha re ‘motsa taba eno hore na, na re tlatseba hore re fetise Referendum pele re ea likhethong hobane Referendum ke likhetho tse ling hape. Eaba o re ho latela molao ha 2/3 majority ena e qeta ho feta in both Houses, Referendum e ts’oanela e etsoe within 6 months, e leng hore Referendum e tla feta ka January likhetho tsona li kanna tsa itsoellapele. Feela ka ‘nete re se re belaela hore ehlile mona ho chechisa likhetho ka bolotsana. Ntate Sekatle ha li tsebe litaba tsena kea kholoa.

MR. VICE-PRESIDENT: Ke kopa u tlo nka microphone ka hare ka mona Morena.

HON. SENATOR L. L. SEISO: Ntate Vice-President bapoletiki ba tekenetse litaba tsena eaba ba siea marena le Ntlo ena ea Senate ka thoko. Empa litaba tsena re tlameha ho lishebisana. Marena a ka, marena a ka sechaba sena se re shebile. Le se ke be la sheba hore na taba ena e buua ke motho eo le tsebang mefokolo ea hae hakae, ebile ehlile ke na le eona hobane I am a human being. Le tle le hopole mantsoe a Basotho kapa maele a Sesotho a reng le tla le bonoa ha le emeloe, sekoti ke seo tseleng beleng ke bao. It is either le tlo tla le e lumela eona Bill eno eo sekhooa sa eona se leng thata kapa re batle maikutlo a sechaba Maikutlo a sechaba bo-‘Mé le bo-Ntate Peete ke hore re ee Matšekheng mane ebe rea u tlatsa mohla re ileng Matšekheng. Ebe re ea Ha ‘Mamathe re ba le uena Ntate Sam; ae boo! re ntse re ja li-M5000. Ebe re ea ea, re il’o mamelisana le ho batla maikutlo a Sechaba, haeba Melao e etsahalang, e tsoang Paramenteng mona ke ea sechaba. Borena ha se ba Moshoeshoe kapa ba Makhabane, kapa Tlokoeng kapa Makhoakhoeng. Ha re hopoleng hore Borena bona, ke ba Sechaba sa Basotho.

MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Ministers, thusanang hee.

HON. MINISTER S. SEKATLE (Minister of Health): Tabeng e kholo e botsuoeng ke Morena ua ka oa Thaba, e bonolo eona rea e tseba. The Government is committed to passing the Bill through Parliament. ‘Me ha ho na qeea-qeeo tabeng eo. Taba e ka bang teng, mohlomong ke tiehisonyana mona le mane. Empa ha e le commitment ho e fetisa, is there. ‘Muso o ke ke oa senya lichelete tse ngata tsa Sechaba ho sebetsa taba eno ebe oa e khutlela. Ha ho joalo. Empa hee, joalo ka ha Morena ua ka le Ntlo ena e tseba. Lipolotiki ha se straight line, ha u robale u fetoha. It is a commitment. We are committed to passing the Bill, empa lipolotiki is not a straight line joalo ka ha batho ba bangata ba morao tjena ba nahana hore ba ka laela feela hoa tsoha ho etsahala.

Ho tla ba le mafito, ho be le methinya, ho be le moepa joalo-joalo. Empa moo re eang teng, ke hore Bill e fete ho uoe likhethong. Bothata boo Ntate Au a nang le bona ba letsoalo, aee letsoalo ha le fele Mofokeng. Lintho tsena li ea lokisoa, uena le ‘na re sebelitse haholo ‘Musong re le Bahlanka. Rea tseba hore mafito le methinya li lebelletsoe. ‘Me ho na le litokiso tse etsuoang hore o fete mafito ano, u fete methinya eno, u be u il’o fihla moo u eang teng. Ke karabo ea ka tabeng ena.

Ke soabile haholo ke utloa hore Letona lena joale ha ke le thole. Joale ne nka u kopa heee Ntate Mookameli oa Ntlo hore na u ke ke ua ba mohau hore re e lokise, ke itlame hore ke tla mo tlisa mona le haele hosane. A tle a tlo arabela potso ena u mpe u e fe sebaka.

MR. VICE-PRESIDENT: In simple language u kopa e cheche? Kea leboha Honourable Minister, ha ke tsebe haeba (Interrupted) Ntlha ea Tsamaiso ka uena Morena ua ka.

HON. SENATOR K. L. K. THEKO: No it is a follow up, kannete Motaung o itekile and you have shown taba eno eo re neng re e bolela hore Puso joalokaha u re e matsoelintsoeke. We are committed because we are in the Senate, a House that is needed hore the omnibus Bill e tle e fete. ‘Me kannete Ntate, ’na nke ke ka tlama uena le ho u kopa hore u founele Ntate Rakuoane le Motaung, le Bataung le le babeli. Le late Mofokeng enoa, hore a se ke ‘ne a bapala. Hobane joalo ka ha Ntate a boletse, o na le motlatsi. Joale haeba ho na le moo a leng busy teng, ho ne ho tlameha hore haeba Ntlo ena ehlile  e ea hlompheha ebe ho tlisitse eno e mong. A tle a tlo thusa ho araba, joale ‘na ke ne ke re e tle e be uena ka boitelo ba hau Ntate le thusane le le litau tse peli. Le lelekise ’mutlanyana ona, le o tšoare. Tau e uena le Honourable Minister of Health.

Kannete taba ena e bohlokoa, e kholo hore re fumane likarabo tsa potso ena. Ke potso e kholo ena, rea leboha Ntate.

MR. VICE-PRESIDENT: Ae Ntate o ne a se a bile a itlamme Ntate ua ka, Motaung enoa hore u tla re tlela le eena ngoana eno oa Mahooana. Re tla be re mo thothokise e hle ebe eena oa Mahooana hantle. Kannete ke utloile eka Ntate Sekatle o akarellelitse concerns tse neng li le teng. Honourable Senator B. G. Api.

Question 165: FOOTBRIDGES DAMAGED DUE TO HEAVY RAINS AT HA RAMABANTA WARD

To ask The Minister of Local Government and Chieftainship Affairs whether he is aware that the following footbridges linking below listed villages were badly damaged by heavy rains during the past summer:-

  1. Ha Ramabanta and Letsunyane
  2. Ha Thabo Letsie and Ha Koenyama
  3. Kubake and Thusong
  4. Ribaneng and Maleea-leea
  5. Ha Mphahama and Ha Motaba

And if so, how soon will those footbridges be repaired particularly because the Rt. Honourable the Prime Minister visited those bridges to assess the damage and instructed that they be repaired during his visit.

MR. VICE-PRESIDENT: Mohlomphehi ua ka oa Puso ea Libaka le Borena.

HON. MINISTER M. LEOMA (Minister of Local Government and Chieftainship Affairs): Ke u hlomphe hape Ntate Motlatsi oa Mookameli. Ke ile ka lobeha ha u re Morena (interrupted).

MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Minister, ha ua bona na ke ntse ke kokomoha joang? Esale ho ntse ho thoe ke President, ha ke e-s’o utloe monate o mokaalo.

HON. MINISTER M. LEOMA: Ke kopa tšoarelo Ntate President. Ke mpe ke re feela, kea kholoa ena e se e tla lokisoa hobane mona ke potso ea 166. Joale Ntate President u se a bontšitse hore eka mpa eaba ho bile le ho tlanya-tlanya hoa mochini ho fosahalang, re mpe re lumele e le joalo Tafole e tla e hlopha.

Kannete ehlile Lekala la heso le hlokometse ka tšenyo e ileng ea etsahala ea marokho ana a maoto. ‘Me tšenyo eno e bakuoe ke lipula tsena tse matla-matla tse ileng tsa na ka selemo sena se fetileng. Rea hopola hore li ile tsa pharalla naha ka bophara, ‘me Lekala la heso ka liofisiri tsa lona kannete li ile tsa tsoa. ‘Me ba etsa tlhahlobo naha ka bophara ka marokho le litsela tse senyehileng ‘me li senngoa ke lipula tsena tseo re leng lipaki hore li ile tsa na ka matla naha ka bophara.

Tlaleho e joalo e teng e bontšang hore tšenyo e bile kholo haholo. ‘Me hoo Mohlomphehi Tona-Kholo le eena a ileng a phatlalatsa hore taba ena ke koluoa, ‘me kahoo Lekala la heso la Puso ea Libaka le Borena le Lekala la Mesebetsi e Meholo le Lefapha la Likoluoa le tlasa ofisi ea Mohlomphehi Tona-Kholo ba se ntse ba entse moralo oa tokiso ea litsela le marokho ana ao ho seng ho buuoe ka ‘ona.

Mohlomphehi, ke u tsebise hore tokiso ena ea marokho eo ke seng ke buile ka eona e tla qala hang ha Lekala lane la Lichelete le lokollotse chelete ho e isa Lefapheng lena la Likoluoa, e le chelete ea ho phethahatsa mosebetsi. ‘Me tšebetso e joalo e se e phethetsoe kapa litlhopho tse joalo li se li phethetsoe. Re se re emetse feela hore chelete e joalo e tle e kene mane Lefapheng la Likoluoa ebe joale ea nehelanoa ebe re tsoela-pele ka eona. Rea e sebelisa ka hore re etse tšebetso, kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Potso e nyanyeletsang ka Morena oa Matšekha.

HON. SENATOR R. P. L. PEETE: Kea leboha Ntate Vice-President. Kannete Ntate Minister u arabile Mohlomphehi ua ka le hoja kannete ke utloa ho hana ho re qii. Ke nyanyeletsa ka hore ke re Ntate marokho ke ana a oele, ua hlalosa hore le Mohlomphehi Tona-Kholo ebile o aware. Joale u boetse u tiisa hape-hape Ntate u re chelete e tlameha e il’o tsoa ho Ministry of Finance, joale e oele ka mane ka Likoluoeng.

Empa ke re feela Ntate litaba tsena tsa lipula tse neleng ha kana-kana, ha se ntho ea maobane feela. Li nele ho tloha qalong ea selemo koana, hofihlela mona moo re teng. Le joale ea ‘majoale le ntse le emetse hore chelete e tsoe ka Ministry of Finance e ee ka Likoluoeng? Ke makatsoa haholo Ntate ke ha u re tšebetso e se e bile e fetile ea hore chelete e tsoe ka ho Finance Ministry, e ee ka Likoluoeng. Empa up to date, nothing is happening.

Ho feta mono Ntate ke rata hore ke re, ha marokho ana a ntse a senyeha. Re ee re tlalehele liofisi tsa hau tse mane seterekeng, hore re thusoe. Empa kannete ba ea lla ba re ha ho chelete joalo ka ha u ntse u cho. Ba sitoa hore ba ka nanabetsa letsoho Sechabeng e le Bahlanka hobane lichelete ha li eo. Ntate re bua re le Ntlo ena kamehla le matsatsi hore ho theoleloe litšebeletso Sechabeng. E le hore ke bothata taba ee ea hore litšebeletso li theohele sechabeng? Ke bothata hore chelete e tlohe from the Central Government, e ee sechabeng?

E le hore sechaba ha mathata a tjee a le teng, se iketsetse lintho kapelenyana. Ke bua tjena hobane Ntate Minister ho na le moo ehlile ho sa tšeleheng hohang. Ho na le moo bana ba likolo ba sitoang ho tšela ha ba ea likolong haeba ba lula ka nqa ena ho noka, eba borokho bono ba matsoho bo senyehile. Literally ebe bana bao ba sitoa ho ea sekolong. Taba ena e ama thuto ka hare ho naha.

Ho na le moo batho ba hlolehang ho ea mesebetsing hohang, hobane marokho a senyehile. Joale re ntse re emetse hore Ministry of Finance o fetise chelete. Na Ntate le ea hlokomela hore taba ee e ama moruo oa naha ka kakaretso? Na le ea bona hore bothata boo re ntse re bua ka bona boo re ntseng re re lichelete ha li eo haeba re ntse re khanna ka tsela eona ee, e tla ba bothata ba ho ea ho ile na?

MR. VICE-PRESIDENT: Morena ua ka oa oa Ha Ramabanta, ebe Morena oa Leribe, ebe Professor Mahao, ebe Morena oa Lioli.

HON. SENATOR B. S. API: Ke rata hore ke re Mohlomphehi ha ke nyanyeletsa potsong ena eo ke e botsitseng. Ke hore ke re na ebe Mohlomphehi u ithutile mohlomong hore na marokho ana ao ke entseng potso ka ‘ona kea nako efeng hobane marokho ana ke a ileng a ea le metsi ka 2020. Ebile 2021 e ile ea fela, marokho ana ho sa thoe letho ka ‘ona. E kholo hape-hape ke re Mohlomphehi, ke rata ke re ho Letona le Khabane hore joalo ka ha Morena ua ka a buile ka taba ena hore na tlokotsi eo mohlomong joalo ka ha ke hlaisitse marokho ana e le marokho a mahlano. Marokho ana ha a le mahlano tjena e le marokho a maoto, ke bana ba likolo ba amehang.

Joalo ka ha ke phela ka nokeng eane ea Makhaleng, joalo ka ha e le noka ka karolong eane e ka mane, ke le karolong e ka koano. Sechaba se phelang ka karolong e ka mane se sengata, le se phelang ka karolong ena se se ngata, ho sitoa le bona bana ba likolo.

Joale  ke re ebe Mohlomphehi joalo ka ha a re ba emetse chelete, ke rata ke re na ebe Mohlomphehi taba ee e tla ba ntho ea nako e kae Mohlomphehi hobane ruri le marokho ana a mang, ke marokho a haufi. Ao sechaba sa haeso ke ile ka ba le Tona-Kholo mohlomong a il’o bona boemo bona, ha ke ne ke mo kopile hore a il’o bona tlokotsi tikolong ea haeso.

Ke re sechaba se ne se lebelletse hore mohlomong ka ‘Muso ho tla romelloa likarolo tse tla khaola marokho ano a oetseng fatše. Joale ha a qeta ho khaoloa Sechaba se thusane hore se ilo atametsa pela borokho, joale ea cheselletsang borokho ebe o haufi joale a khone ho etsa mosebetsi. Joale ke re ana a mang ona ke ao ebileng a le thoko haholo, a sa fumanehang. Joale ke re ana a sa ntse a le teng, ebe ‘Muso Ntate ha e le mona letsatsing lena ke entse potso ena hore u ko u tlo tla u e araba mohlomong le hore u tlo be mohau. Ebe Ntate e hokae ho ofisi ea haeno hore e mpe e il’o lokisa le haele bo le bong haeba le ntse le emetse karolo ena ea lichelete hore bono bo se ntse bo le haufinyane le borokho bo il’o phahamisoa, bo emisoe na?

MR. VICE-PRESIDENT: Ebe Morena oa Leribe, u tlo arabe ebe re se re nka tatellano eane ebe Professor, Morena oa Lioli le Honourable Au. 

HON. SENTOR J. A. MOTŠOENE: Kea leboha hle Mohlomphehi, ke nyanyeletsa holima potso ena ea Setho se Khabane. Hobane ha e le hantle Mohlomphehi taba ea lipotso tsena ebe e le taba ea kutloelo bohloko, ebile re nka tšebetso ea rona re le Litho tsa Ntlo hore re ‘ne re soae ‘Muso mohlare kapa re be bo-‘mesa-mohloane.

Mohlomphehi ho na le taba e kholo mona eo potso ena ha re e sheba, ebile re mamela Honourable Minister h’a araba a bua ka eona. Taba e kholo ke taba ea collective responsibility, Mohlomphehi ha re sheba boemo boo litaba li etsahalang ka teng ka hare ho naha ebile re sheba potso ena ea Setho se Khabane ka boemo bona bo teng. Re ntse re hlokomela hore ho na le marokho a mang a ntseng a ahoa.

Feela sello se seholo se hlahang, ke litaba tsa lichelete. Empa Letona lona e le le ikarabellang Lekaleng lena la Local Government, ha re sheba litaba tse ling Mohlomphehi. Re re na ebe haholo ha ke ne ke bua ka taba ea collective responsibility, ba hlokometse hore le hoja ho e-na le marokho ao ba ntseng ba a lokisa ka hare ho naha. Hore joale ba bang kapa likhoebo tse ling tsa bana ba Basotho kapa tsa bahoebi ba Basotho li putlama ka hobane joale ha ho bonahale ba nkeloa hloohong hore ba bapale karolo tokisong ea marokho. ke bua tjena –  kea rata Mohlomphehi ebile o lula haufinyane le Leliboho lena la Butha-Buthe, moo ‘na le eena re hlotseng re le bona letsatsi le letsatsi ha re le hae koana, joaleka batho ba hlahang ka Bochabela. 

Literaka tse kenang, Mohlomphehi, ka litene tse hlahang Bethlehem, tse bileng li sa khafisoeng, ha ho bonahale eka li putlamisa bahoebi ba foromang litene kahar’a naha ka moo na? Ke hore ke se ke re hona mono bo-pel’a Bethlehem mono Butha-Buthe, Leribe, Teyateyaneng, ekasitana le Maseru mona, kapa ke hle ke re naha ka moka, hobane e ntse e le libaka tseo joale ba li rekang ka price e tlaase, li sa khafisoe malibohong.  Ke mane moo collective responsibility e kenang, eba joale Basotho le bona ha ba ntse ba lla ka hore mesebetsi ha e eo, ba bang ba re potomane ha li eo, ba li reka mono.

Mohlomphehi, taba ena e re ho nna ke botse Letona hore na ha re sa tla ka maano, Bahlomphehi ba ka? Ebile le ea likhethong, ke hona hantle, e ka ‘na eaba re ntse re le hlahlella kaofela ‘moho le uena Prof le ba bang.  Ha ho bonahale ho hlokahala hore bana baa ba Basotho, Honourable Minister, ka Potso ena eo Setho se Khabane se e entseng, le tle le shebe manane-thuto ao bana ba Basotho –  ba bang ba se ntse ba na le oona, ba tle ba sebelisoe, kapa ba fuoe monyetla oa ho sebetsa molemong oa ntlafalo ea litaba tse hlahang Potsong eona ena ea Setho se Khabane?

Ka ho etsa joalo chelete e tla pota-pota kahar’a naha  ka mona, kahar’a bana ba Basotho, molemong oa moruo oa naha ena ea Basotho, ‘me joale u qetelle, Mohlomphehi, Lekaleng lena la hau la Puso ea Libaka, re sheba eona taba ena ea marokho. 

Metseng mane, libakeng mane, literekeng mane ka ho fapana, kamor’a lipula tsona tsena tseo Setho se Khabane Morena oa ka oa Ha Ramabanta a buang ka hore marokho a oele, ebe a oele joalo ke  taba ee ea hore ho se ke hoa etsoa decentralise services? Ha le bone eka, Mohlomphehi, le le ‘Muso, ke eona e ntseng e nyotobetsa naha ee? Ebile re bua ka taba ea hore bana ba Basotho b’a baleha metseng mane, ba tle litoropong, e le hobane ba bona hore ho hlamatsea litoropong, ho feta metseng mane, joale le taba ea ntlafalo ea naha ha e be teng.

HON. SENATOR PROFESSOR N.L. MAHAO:  Kea leboha, Mohlomphehi Vice-President.  Ke hlomphe kannete, ke hlomphe le Matona a ‘Muso oa Motlotlehi. 

Ke nyanyeletsa Potsong ena ea Morena oa ka oa Ha Ramabanta le Kubake.  Kannete re ntse re ts’oanetse hore re amohele, mohlomong re le Basotho –  ke utloa Morena oa ka oa Linare mono a re ba re hlaba-malotsana.  Ke belaela hore re mothating oo re ts’oanetseng hore re le Basotho re ikutloele bohloko, hobane ho etsahalang ke kuluoa e bonahalang e ka  boleloang ka lentsoe le mona leo Basotho ba reng, nketjoane o shoetse mohloling.

Litaba tsa marokho ke litaba tse hlokang emergency response, e le hore Basotho ba ‘ne ba tsebe ho phetha mabaka a bona ka bolokolohi. 

Litaba tseo Morena oa ka a buang ka tsona mona –  marokho ana ha se a khaohileng selemong sena sa lichelete, ke a pele ho mona.  Ke ile ka bona haufinyana le libaka tsena tseo Morena a buang ka tsona, ha Morena oa ka oa Manonyane, Ha Rampoetsi mane  ho rekiloe culverts selemong sane, tsa fihla tsa behoa pel’a noka.  Ha noka e tla ea fihla ea li hohola, e li lahletse koana, li shoele.  Ha se taba ea hore chelete e ile eaba sieo ea ho reka lisebelisoa, ke hore li behiloe, tsa petlenngoa mono, joale eare ha noka e fihla, ea fihla ea li hohola. Li shoele kaofela,  sechaba se ntse se sitoa ho sebetsa.  This is a clear wasteful expenditure ea naha, matsohong a hoo ‘na ke seng ke re joale nketjoane o shoetse mohloling.

We were told, Mohlomphehi Vice-President, ka mathata ana a litsela tse sa sebetsoeng, ka 2018, ‘Muso o nts’a mokotleng oa sechaba chelete e seng katlaase ho M10 million, ho reka yellow plant ea ho sebetsa litsela.  E teng ka mono ka Public Works, e lutse, ha e s’o ka e sebetsa, hothoe ha ho na operators, feela Basotho ba nang le litsebo le ba se nang litsebo ba ka be ba rupetsoe in these four years now, feela thepa e lutse mono, litsela tsona li senyehile completely.  Ho bonahalang ho shoele ke letsoalo la babusi, ba itebetseng hore ba mono hobane ba itse ba il’o isa lits’ebeletso sechabeng. 

Ke beha taba ena hobane ke re, Mohlomphehi Vice-President, kannete taba ea marokho is an emergency issue.  Re na le engineers tsa LDF, tse ts’oanetseng ebe li entsoe deploy hore le haeba ho s’o thoe ke ho etsa construct temporary structures marokhong mona –  ha u ea haeso mane Koro-Koro, moo noka e khaotseng borokho bo boholo, likoloi ha li tsamaee, bana ba sekolo ba sitoa ho fihla likolong.  U ka nahana ha ho bata tjena joale ba tlameha hore ba role lieta, ba kene metsing, hore feela ba ts’ele, ba tsebe hore ba eo fihla likolong!

‘Muso ha o  na letsoalo.  Re na le Engineers tsa LDF mono tse ka etsoang engage hore li etse temporary structures marokhong ana ao Morena oa ka a ntseng a bua ka oona.  Ha se taba ea khaello   kannete ‘na kamoo ke bonang kateng, Basotho re oetsoe ke koluoa ea ho ba le babusi ba bonahalang matsoalo a bona a shoele. 

Budget ea selemong sena is on its third month e fetisitsoe ke Paramente.  U n’u lebelletse hore haeba meralo e ne e se e ntse e entsoe, hore as soon as the budget e fetisoa, joale ebe ho tla thoe, kenang mosebetsing chelete ke ena.  Re bolelloa kajeno hore ha chelete e se e tlohile kae, e ile kae, joale mosebetsi o tla qalella.  Three months kamor’a hore budget e etsoe approve, boemong ba emergency,!  

Ke hlekela ho botsa, Morena oa ka. 

Ruri ‘na ke ne ke re kannete Basotho ba elelloe hore re qala ho bona ntho e tjena, ea puso…

MR. VICE-PRESIDENT:  Prof. ha re e otle, rea nyanyeletsa, Ntate.

HON. SENATOR PROFESSOR N.L. MAHAO: …e shoele feela e ntse e le teng!

  Slightly a while ago, moifo o neng o hlaha South Africa koana o re ho rona, ha ho na ‘Muso mona Lesotho.  Joale ka be ke ba thiba ke re, a-e, that is treasonable! ‘Muso ona o teng, ho sieo ke puso; eona e shoele.

Ana, Bahlomphehi, Mohlomphehi Letona eo ke bonang hore ebile o tlatsitsoe ke Bahlomphehi Matona a mang, ba ka amohela hore ruri nketjoane o shoelletse mohloling? Ha e le bonnete ba taba ke hore hona joale ha re sa na puso le haeba re na le ‘Muso, hobane litaba tsena ha li chochisoe tjena, hobane re se re bona, joalo ka ha Mohlomphehi a ile a hlalosa mona hore Matona a tsamaea, a il’o etsa campaign koana.  They are not bothered ka litlhoko tsa sechaba, tseo ba ts’oanetseng ebe b’a li lisa from day to day; kahar’a beke ba etsa campaigns koana.

 Na ba ka amohela hore re maemong ana ao re leng ho oona, a tlhokahalo ea marokho le tse ling, hobane ha e le hantle, ha ho sa na puso ka hare ho naha ena na?

MR. VICE-PRESDENT:  Honourable Minister, a k’u li nke.

 E tla ba Morena oa Lioli, ebe Honourables AU le Hloaele, ebe Morena oa Tajane, e be Honourable Liholo.

HON. M. LEOMA (MINISTER OF LOCAL GOVERNMENT AND CHIEFTAINSHIP): Ke tl’o shoella lipotsong.

 Kea leboha, Morena oa ka. 

Morena oa ka oa Mats’ekha o buile taba ea bohlokoa haholo, ke kopa ke tle ke e qale ka sebopeho se tjena feela.  Ha u sheba sello sa sechaba sa naha ea Lesotho, ha re tla litabeng tsena tsa lits’ebeletso tsane tsa lehae, tseo re tsebang hantle hore li simollotse ho tloha kahar’a Molao oa rona oa Motheo oa naha oa 106, ‘me ho buuoa ka hore ehlile rea iketsetsa lintlafatso mane metseng le metsaneng, ‘me a bua ka taba e kholo ea hore na taba eo ea ho theolela matla sechabeng –  ke se ke bile ke ntse ke hapella le ea Morena oa ka oa Leribe, hore na eona joale hantle-ntle bothata bo hokae.

 Re tle re hopole hore kea kholoa ha ke qeta ho fihla Lekaleng mona, ke ile ka ipehela meoloane, ‘me kahara’ meoloane eo ke ileng ka ipehela, ke ile ka etsa hore taba ena ea theolelo ea matla sechabeng ke e behe e le priority, kapa ke e behe e le ea mantlha, ‘me ke ile ka nka Bill e bitsoang Local Government Bill, ka e kenya kahar’a Paramente ka mane, ho fihlelletse ha ke bua le lona tjena. Kea ts’epa hore e ka ‘na eaba e se e le likomiting, kapa ke hona e tl’o kena likomiting koana.  Menyenyetsi eo ke e filoeng mane –  che, e le tlaleho e iqoqeloang feela, ke ea hore letsatsing la kajeno e tla kena komiting e amehang.

Bill eo, Morena oa ka, ha u ka e sheba, e manoni, hobane e tl’o etsa hore Mok’hanselara a tsebe hore na o sebetsana le eng, a hl’a tlohe ka kotloloho pel’a mane moo ho ntseng ho hatanoa litorong le Marena, ‘me hape e ba file mona moo re seng re tla litabeng tsena tsa lits’ebeletso, kahar’a eona ka mono ehlile e ba file matla. E file Mak’hanselara, kapa Makhotla ano a Puso ea Libaka matla a felletseng a hore ba tle ba iketsetse lintlafatso, ka hore ha ba bokella revenue, ebe ba e isa bankeng, joale b’a khutla b’a e sebelisa, e le hore b’a e ralla.  E leng ho sa ts’oaneng le hona tjena, moo u tla thola hore e ntse e isoa Sub-Accountancy, joale e tla Mokotleng o Moholo oa ‘Muso. Nako eo u batlang ho sebelisa chelete e joalo, u tseba hore u n’u batla u bokelletse, ha ho bonolo. 

E leng ho re taba eno ke mpe ke e hapelle ka hore ho na le taba ea bohlokoa eo u e buileng hape, ea taba ena ea chelete eo ho  ntseng ho lluoa ka eona.  E-ea, Ntate, ehlile ha ke batle le ho e pota-pota.  Kahar’a Komiti a Sub-Committee ea Matona e amanang le litaba tsena tsa disaster, kapa DMA, kapa likoluoa, re hlokometse hore ho na le litsela le marokho ao re a hokahanyang ‘moho hore re ise kopo e joalo kahar’a DMA. E leng hore taba ena eo ke buang ka eona hona tjena, e kenelle kahar’a DMA, taba ena ea marokho a mangata.  Ha ke  bonts’e hore na ka sebopeho se joang. 

Li-Council li ntse li na le morero oa tsona oa letsatsi le letsatsi, kapa oa selemo le selemo, empa moralong oona ono re o behelle kathoko.  Ho kena moralo o mong hape, ona oo re reng ke oa likoluloa. Li-Council li ile tsa ‘na tsa fuoa matla hape hore li kene kahar’a mabatooana, kahar’a litereke joalo, joale li fane ka moralo ono, oo re o bitsang e le rapid response hobane ehlile ke o hlokahalang. 

Ke mane moo ke seng ke ntse ke hapella taba ea Mohlomphehi Setho se Khabane Ntate Mahao, mane moo a reng ehlile li hloka ho eloa hloko haholo litsela tsena le marokho, joalo-joalo.  Re se re entse joalo, feela re sebetsa ka DMA.  E, ehlile re kopile chelete e kaalo ka M200 million, empa re hlokometse hore re tla tla re fuoa M150, hore re sebetse taba eno, ‘me re emetse chelete e kene neng kapa neng hona tjena.

 Beke e tlang ena re ntse re tla ba phuthehong, re ntse re sebetsana le taba eno, hobane re hlokometse hore litsela tse ling tse ntseng li le moralong oa li-Council, li se li senyehile haholo.  E leng ho re re tlameha hore ebe tse ling re li fetisetsa ka mane ka moralong ono oa DMA.  Taba eo re ntseng re sebetsana le eona, ke ea ho kofisa ka mokhoa o matla haholo.

Morena oa ka oa Ha Ramabanta, e-ea, Ntate, kea kholoa u n’o botsitse hore na ho tlile tlhokomelong ea rona ka litsela tsena tseo u ntseng u bua ka tsona.  Council eno, ea haeso mono, kea kholoa ke Kubake, u tla ntokisa, e ka ‘na eaba ke tla li lobokanya.

HON. SENATOR S. API:  Ke eona, Ntate.

HON. M. LEOMA:  Kea leboha, Ntate.  Ehlile e ile eare ha Potso ena e hlaha, ka batla ho tiisetsoa ka litaba tsena tsa marokho ana.  Ke tiiselitsoe hore a tl’o sebetsoa, feela ke kopile hore a kenyeletsoe kahar’a moralo ona oa DMA. E ‘ngoe eo e tlamehang hore Ntlo e tlamehang e e ele hloko, e e tsebe, ke ea hore foot bridges kapa marokhoana ana a maoto a oela ka mane ka Public Works, empa rona re etsa moralo ka ho Council ka mona.

  Moralo ono oa rona rea o fetisa ka Economic Planner, joale o tla mona ho setereke, kapa ntlo-kholo, u nts’oarele, ho Director Planning, joale Director Planning o tla nts’a tse amehang a li ise makaleng a amehang joaleka tsona foot bridges, kapa marokhoana ana a maoto ehlile a tla ea mane, joale ebe re nka boikarabello ka hore re kopanye lihlooho, hobane joale hona tjena re a akhetse kahar’a makala a mabeli ana, re kopane, re team e le ‘ngoe.  Marokhoana ana a maoto a mangata kahar’a naha ka mona, ehlile a mang  hape a be a kopetsoe lichelete mane Bankeng eane ea rona, eo re reng ke ea  lefats’e.

E leng ho re litaba tsena kaofela ke leka ho bonts’a hore hona tjena re li kopanetse, ke ka hoo u hlokometseng le Potso ea ka hore e kenyelelitse hore ke ‘na ka Lekala lena la haeso la Puso ea Libaka le Borena, joale ke Mohlomphehi Lebohang ka mane ka Lekaleng lane la Mesebetsi e Meholo e leng Public Works, joale eaba Mohlomphehi mane Ofising ea Mohlomphehi Tona-Kholo, Letona Ofising ea Mohlomphehi Tona-Kholo, Mohlomphehi Mahase, ebile e le Molula-Setulo oa Sub-Committee ena ea Matona ea DMA, eba ke leka ho bonts’a hore litaba tsena ha  li le tjena, ha le ntse le re hlaba malotsana tjena, ehlile e ntse e nepahetse taba eno, feela re se ntse re e nketse holimo haholo,.

Kea kholoa ke ne ke se ke ntse ke araba le eona ena ea hao Morena oa Ha Ramabanta, kaha u nts’u batlile u re na taba ea lichelete, theolelo ea matla, joalo. Ke se ke e arabile ka Local Government Bill, hore e tl’o re thusa haholo, ‘me ha  e se e tla ka Ntlong enake se ntse ke etsa thapeli hore ka ‘nete e ke e shejoe e fuoe leihlo la pholoho hore e tle e kene ts’ebetsong.

Ke fetele ho Morena oa ka oa Leribe. Ke ne ke se ke thetsitse ena ea decentralization Ntate, ke e thetse ka hore ha re hopola hantle re ile ra ba le policy. Policy ena ea Decentralization Policy, eane e ileng ea amoheloa ke Ntlo ka mane ka 2014. Policy eno ho bonahetse hore e teng e’a phela empa ha e sebetse ka khokahanyo hantle le Molao ona oa Local Government Act 1997. Ke ka hoo ho potlakiloengg ho entsoeng review Molao ona. Empa o qeteletse o se o nkoa ka bongata ba oona hore o sebetsoe o hokahanyoe ka kotloloho le Policy ena eo re ntseng re bua ka eona. Ke  hobane Policy ena ha re sheba leano, leano le tl’a ba pele, ebe le tla nts’a Molao joalojoalo. ‘Me Policy ena rea hlokomela hore e tlile kamorao ho Molao oane oa 1997.

E leng ho re hona tjena Policy ena e eme boemong bo nepahetseng. Ke eona e hlahlelletseng hore ebe re na le Molao onaoo re o ts’oereng hona tjena oo re tsoelang pele ka oona. Ke kopa ts’oarelo, Bill ena eo re e ts’oereng hona joale, eo re tsoelang pele ka eona e re tl’o sebeletsa hore e tle e be Molao. Taba eo ea decentralisation ke mpa ke ntse ke e tiisa feela hore e tla tla e re pholosa.

E ‘ngoe ntlha  Morena oa ka eo u e buileng Morena oa Leribe ke ena ea collective responsibility. Eitse ha ke tsitsinngoa mona joale ke tlameha ho arabela litaba tse amang law ka ‘nqane. Ka bona hore ehlile boikarabello bona ke tlameha ho ba ho bona. Ke tlameha ho bo nka e le kannete. Ehlile Ntate mona moo u r’eng re tlameha ho sebetsa ka collective responsibility bakeng sa ho thibela kapa le hona ho holisa moruo oa rona, u bua ‘nete Ntate oa ka. Ehlile u bua hantle Morena’ka. Ehlile re tlameha hore re be joalo.

U entse mohlala o motle, oa re, li-business kapa moruo oa naha ea Lesothoo sheba tlaase. Ke ntho ena ea rona ea hore eka nna eaba ka nako e ‘ngoe ha re shebele ‘moho litaba tse ling. Ee Ntate, ke mpa ke re feela ehlile taba eo ea collective responsibility re e bone hantle joale ha e nona ka Ntlong ka mona, moo Mohlomphehi Setho se Khabane Mohlomphehi Letona la Bophelo a tlamehang ho araba litaba tsa Letona le leng le sieo ka koano, kapa tsa Mohlomphehi Letona le sieo ka mona ,‘me e le ka nepo ho tlamehang ho ba joalo.

 Taba enae etsa hore re fahlolohe Ntate oa ka, ho re na ha re ntse re sheba, ke se ke ka re, Lekala lena ha se la ka. Ha re bona lintho li etsahala li kena ka har’a naha, litamati li ntse li feta, li kena ka har’a naha ena, nke ke eme ke e ise hona Cabinet mono hore re bona litamati li ntse li kena moralo ke ofe o re ka o etsang? E leng ho reu re fa hore re be le maikarabello a hore litaba tse kang tsena lehaeba re ne re ntse re li bona re nka ka feela ka hore ke ho li araba. Ha re le ka mona kapa ke ho li bua hasesane, le bophelong re li phele, re tsebe hore ha u le Letona u phelela naha ena ea Ntate Motlotlehi ebile u e sebeletsa, u sa sebetse ka hore feela u Letona la Puso ea libaka le Borena.

Ke kopa ke re boeletsi booke bo phamoletse holimo Litho tse Khabane tsa heso. Kea ts’epa hore ke bo phamoletse holimo. Mohlomphehi Setho se Khabane Ntate Prof. o buile ntho e kholo hampe ke se ke e thetsitse. Ena ea marokho eo a bonts’itseng hore taba enae tlameha hore re e ele hloko, re e behe e le ea mantlha. Taba ena ea hore ebe DMA ho fihlela hona joalere tlameha ho e sisinya ka taba ea chelete. Ha se le taba eo ke tla e soabela hore nakong e fetileng ha ke fihla ka mona, ke ile ka bua ka 5 Million… ka 6 Million ra  bonts’a hore e tl’o khekhethoa. 4 Million e tla kena lifuel mona, e be e tsoela pele e etsa mosebetsi o amanang le tsona li ntlafatso tsona tsena tsa litsela joalo-joalo.

Ke se ke e hlalositse hore ena eo, re e kopileng ke e batlang e le toma bakeng sa lits’ebeletso. Ena eo, re e kopilengeo ke buileng ka eona eane ea 150. Ke bakeng sa lits’ebeletso tsenotse toma tseo ke seng ke buile ka tsona, empa ena ea 6 Million. 4 ea eona ke e tl’o etsa hore litereke li teng tse hlano, tseo ho banahetseng mafura a felile, ‘me tse tl’o etsa hore ebe kapele ka potlako re kena ts’ebetsong e ntseng e amana, le tsona li tsela tseno tseo re r’eng li khaohile.

Ke ipapisitse le potso ena hobane potso ena ehlile e bua ka marokho. ‘Me joale kea bonts’a hore re ile ra tsoa lets’olo ra ikamahanya le marokho le litsela hobane ke lintho tse tsamaeang ‘moho, u ke ke ua li arola ka mekhoa efe kapa efe. Kea kholoa tlhokomeliso eou re fileng eona ke eno ea li-culvert. Chelete ea naha ea Lesotho e ntse e hoholeha ka lebaka la ho hloka boikarabello. Ee le rona, re le boeta-pele ka nako e ‘ngoe_ hobane ha u rekile culvert u e beile mono, eo u sa tl’o e sebelisa. It means ha u na moralo oa hore na u tl’o sebetsa joang feela chelete ke eno u s’o rekile.

E leng ho re u mpa u re tiisetsa feela hore re be le moralo pele re reka. U ile oa etsa mohlala ka 2018Hore na ho etsahetse joang? Taba enoha ke na le ho e pota ka thoko ehlile ke ne ke le Deputy Minister ka mono ka Public Works. Nako eo ho rekoang mechini eno ke ne ke le teng Ntate oaka. Ehlile e jele 10 Million ho ea holimo. Mechini ena e ne e le mechini e kang e ne e rekeloa ho tla sebetsa Public Works. E ne e sebetsa mona le mane. Empa eaba joale Public Works ha e na litsebi. U tle u nts’oarele ha ke ree qalile ke s’o fihle ha… ke fihletse hong le eona.

Ha e fihla e rekoa eaba le ‘na ke ea kena Ofising. Ke hopola hore ne e le beke eno feela. Empa ke ile ka e-ja lefa le ‘na hobane ke ile ka e bona hore re hloka re kene ho eona re qoqe ka eona. Eile ea ka ea qoqoa Cabinet. Kea kholoa e ntse e qoqiloe Cabinet. Eka ba mehleng ea lona, ke ka hoo u tsebang litaba tseo ka botlalo. Ho ile ha etsoa moralo o buang ka eona, o reng Sesole ka litsebi tsa sona, li-engineer tsa LDF ho ile ha shebisanoa taba e joalo. ‘Me taba eo e le ho hokahanya hore mechini ena e isoe mono e il’o sebetsa. Taba eo ntate e bohlokoa haholo. U re roma hore re ‘ne re e sale morao ha u rialo.

Ho na le e ‘ngoe, eo u e buileng mona ea “ Nketjoane u shoela mohloling.”  Joale ke Letebele ekanna ea ba, ha ke tl’o tseba hantle hore na u reng. Empa oa be u e fetau re ha ho sa na puso. Ha ke na ho kena ho eona ka botebo. Empa ke tl’a re lits’ebeletso tseo kaha li ntse li le teng, lehaeba li tsamaea butle-butle, ke hapa ka hore ‘Muso o ntse o tsoela pele. Puso e ntse e le teng. Ekanna eaba mona le mane hona le likhaello. ‘Me li khaello tseo, ke tsona tseo re tlamehang ho eletsana le Ntlo ena hore na re li fihlele joang. Re li fete joang liqholotso tse kang tsena tseo ebang li ntse li hlaha tse re etsang hore joale re le naha re be re shoejoe machabeng e ka ha ho sa na ‘Muso. E se e ka ha ho sa na puso. Mona moo u reng u ile ua lokisa motho e mong ho re ha oa tlameha ho beha tjena, u li behe tjena. E leng ho re litaba tsena kaofela tseo u li buileng, tse ling ke boeletsi Ntate hore re bone hore re akofisa litaba kahar’a naha ena.

Kea leboha.

VICE-PRESIDENT: Rea leboha Honnourable Minister, ke ne ke re honourable Members, maybe ekanna eaba ke molato oa ka le ‘na ho re ke tlohela li-Honourable Member hore ha ba nyanyeletsa ebe ba etsa lipolelo. ‘Me taba eno e re jella nako. Kutloisiso ea ka, ea be e le hore_ ‘me ebile ke e nkile ho  Morena Khoabane hore mohlomong ka nako e ‘ngoe, re nka nako re na le litaba. Joale e be re rata hore re li bokelle ‘moho. Re setse ka metsotso e ka tlaase kapa e leshome pele ho hora ea pele re ea lijoeng. Ke hore re khethe litabeng tse peli. Re khutsufale kapa re kope Ntate Sekatle a tle a khutle kamor’ a lunch ka Potso ena, e le ‘ngoe e setseng.

‘Na kopo ea ka e ka ba hore oe!, re etse lipotso tse nyanyeletsang hobane nako e na e setseng e re lumella ho qeta mosebetsi ona re sa kope Hounorable Minsiter ho khutla ka mor’a lijo tsa mots’eare. Ke etsa boipiletso Mohlomphehi hore le kamor’a lunch ho na le li-Komiti tse lokelang ho tla lula. Nka e tsa boipiletso ba ho re ha ke hane hore ho botsoe, re lokolohile feela re e le hloko taba ea hore re na le nako e limited. E tla ba Morena oa Lioli, Honourable Au, Honourable Hloaele,Morena oa Tajane, e be Honourable Liholo.

HON SENATOR S.K. MASUPHA: Kea leboha Mohlomphehi Vice-President. Le ‘na ke hlokometse ka ‘nete hore e hlile nako ena ha e sa le ka lehlakoreng la rona. ‘Me ke tla leka hore ke oele potsong ea ka feela haeba nka thuseha. Potso ea ka eo ke e etsang ho Mohlomphehi Letona la ka le Khabane ke hore na, Ea pele: Na u hlokometse hore taba ee ea li koluoa e qalile ka 2020? Ea lipula tse tse matla? Ea bobeli: Marokho ke ana a mahlano ao Mohlomphehi Tona-Kholo a ileng a ea a a sheba. ‘Me ke lumela ha a ka be a khutle feela.  Uee a siee, a fane ka taelo. Na Mohlomphehi, Tona-Kholo ka morao hore a tlohe moo ho na le bohato bo ileng bankoa, ka hore bonyane borokho bo le bong feela_ ho na le bo bong bo lipakeng tsa noka.Na ho na le borokho le ha bo le bong feela bo kileng ba kholisa Basotho ba Kubake le ha-Ramabanta hore hona le ntho e ntseng e etsoa?

Potso ea ka ea boraro ke ea hore na ka mor’a hore ho tlalehoe marokho ana a oeleng, na ho etsahetse hore Lefapha la Likoluoa le lule, ‘me ha le lutse le entse liqeto life malebana le taba e ea marokho a oeleng. Ea ho  qetela ke ea hore na ha ho thoe taba ke koluoa ka ho ea ka Melao ea likoluoa ho boleloa’ng, ha ho ipapisitsoe le Marokho aa a sitisang Basotho ho feta ho ea ka nqane le ho tla ka koano?

Kea leboha Mohlomphehi.

VICE-PRESIDENT: Honourable Au.

HON SENATOR T. AU: Kea leboha Ntate President. Ke kopa hore le ‘na ke etse ka pelenyana feela Ntate. Ke ne ke ratile ho lelekela ka ho thoholetsa Mohlomphehi Letona ka the quality ea Likarabo tseo a ileng a fana ka tsona pejana. Empa ena eo a faneng ka eona letsatsing lena ke ne ke re ke mo tsebise hore e-e ka ‘nete, ha e ntle hahang. E thunthetsa the quality ea Likarabo tseo esale a ntseng a fana ka tsonanako ena kaofela.

Karabo eane eoa faneng ka eona pele ea potso ea Morena oa Ha-Ramabanta le Kubake.

Ke ne ke re Mohlomphehi lipotso tse ling li se li botsitsoe empa hee ke rata hore nke ke toboketse haholo ho ena ea koluoa. Kutloisiso ea ka ke hore, hore koluoa ke hore ke tsietsi. Ke hore ke ntho e potlakileng e ts’oanelang hore e sebetsoe ka ho panya ha leihlo,within likhoeli libeke kapa within one financial year. Re se re le Financial Year ea Boraro ho na joale tjena. Ebile ho entsoe budget. Re bile le likoluoa tsena ha etsoa Budget ea 2020/2021. Ha etsoa Budget ea 2021-2022. H ona tjena, ho entsoe Budget ea 2022/2023 feela joale ho ntse ho s’o be le letho le etsahalang, ke re na kutloisiso ea ‘Muso ea Koluoa e bolelang. Ha eka ekare ho bonahala ho se na phapano lipakeng tsa koluoa le business as usual.

Ea bobeli, Mohlomphehi Letonale ke le nthuse hore na Programme eeea likoluoa ha se eona ela e bitsoang Phau Manyetse, Operation Phau- Manyetse? Haeba ke eona, ke ne ke botsa hore na Mohlomphehi Letona ha a bone ho le bohlokoa hore ho ts’ireletsoe lebitso leo, le leholo leo e leng nalane kahar’a naha ee? La Phau-Manyetse hore ka ‘nete empe e batleloe lebitso le leng hobane taba ena ea hore ebe re kene selemong sa boraro, re ntse re sebetsana le koluoa re e bitsa Phau-Manyetse. Ke bona eka e senya seriti sa Ntate Phau Manyetse. Na ha re bone ho le bohlokoa hore re ke re sireletse seriti sa Ntate Phau Manyetse ka hore re ke re batle lebitso le leng le sele?

Ea ho qetela Mohlomphehi ke hore… Ke sebini, ke e mong oa liqapi tsa ‘mino oa famo ka har’a naha ena ea Lesotho. Ea ho qetela Mohlomphehi, ke hore na Mohlomphehi Letona a ke ke a khahloa ke hore a tle ka Ntlong ena, a ke a tl’o tla a fa Ntlo ee Polelo kaa detailed damage ea litaba tse tsa likoluoa. U ke u tl’o tla u re fa a detailed Report e bonts’ang hore na ts’enyo e bile kae. Haholo- holo hore na ke marokho a makae, a senyehileng ‘me ke liphephetso life, tseo u kopanang le tsona u le Letona ,and what is your plan going forward. Ele hore re tle re tsebe ho ema le uena, re tle re se ke ‘ne ra u botsa le lipotso tsena tse thata. Re tle re loants’e bao e leng ho re ba bonahala e le bona ba emeng ka pela hau.

Ke botsa joalo hobane le haeso koana marokho esale a tsamaea, haeso Ha-Semione. Makhaleng Ha-Semione, borokho esale bo ea. Ha e-s’o Makhaleng Ha-Khanyetsi esale borokho bo ea. Joale bona ba ha Khanyetsi it’s even worse hobane bana ba hlotsoe ho ngola lihlahlobo tsa sehlopha sa bosupa hoo batsoali ba halefileng hona haesale, ha ba batle le ho bona motho monooa ‘Muso. Ba halefa ho na ho haesale hobane ba bona bana ba bona ba senyehetsoe ke bokamoso. Ho re na Mohomphehi a ke be a khahloa hore a ke a re etsetse Polelo eno. Re tle re tsebe ho bona hore na re mots’eetsa joang.

Che, on a lighter note Ntate ke ne ke re na Bahlomphehi Matona ba utloa ho le monate ha kae_ ke hore taba ee ea collective responsibility ba utloa e le monate ha kae ha ba ntse ba arabella batho ba ileng lirally maobatooeng a habo bona, bona ba ntse ba arabela ka moo?

VICE-PRESIDENT:Honourable Hloaele, e tla ba Morena oa Tajane, ebe Honourable Liholo.

HON SENATOR K. DIHOLO: Kea leboha Mohlomphehi etla ba khuts’oanyane haholo ka ‘nete. E se e sihiloe taba ena. Ke ke mpa ke re feela ke hopotse Mohlomphehi Letona hore ka selemo sa 2021, khoeli kea e lebala empa nka e fumana ha a e batla. Makala a fapakaneng a ‘Muso, ho kenyeletsoa le la hae a ile a ea sebakeng sa ha-Mpeeako ka Matsoku. Ke lebatotoeng la Maliba-Mats’o. Ba il’o hlahloba Borokho ba maoto bo haufi haholo le metse e shebaneng e arotsoeng ke noka ena ea Matsoku. Feela joale sekolo se le ka Ha-Mpeeako. Bana ba ka ‘nqane ha noka eno e tletse ha ba ee sekolong. Eaba Makala a itseng a ‘Muso, ke itse ho kenyeletsa le la hae, a ea a il’o hlahloba. Ke 2021 e ile ea fela nako eo ea selemo seo sa li-Chelete. Re boetse re mona moo re leng teng hona joale. Na ebe Mohlomphehi a ka ba mosa hore a tle a lelekise taba eohore na e ileea fasa kae hore borokho boo bo etsoe.

Kea leboha.

VICE-PRESIDENT: Ke lebohile le tsela eo u e qetelang ka eona Honourable Member hobane ke ne ke tl’o re, re qobeng hore re etsa tse ncha, ‘me tsela eo u e entseng ka eona Ntate kea ananela.

Ntlha ea Tsamaiso ka Morena oa Thaba.

HON. SENATOR K.L.K. THEKO:  Ntlha ea Tsamaiso.  E ne e le feela taba ea hore re hlake ka litaba ha li ntse li behoa, li sebetsoa. 

Hana question time ha e’a etsoa allotted ka nako e itseng, ehlile re ka tabola letsatsi kaofela re ntse re botsa Matona a amehang?

MR. VICE-PRESIDENT:  Ae, Ntate, ke mokhoa ona ke ileng ka re re setse ka metsotso e ka tlaase ho e leshome.

HON. SENATOR K.L.K. THEKO:  Joale ke ne ke se ke belaela, e ne eka ke metsotso e mashome a mane.  ‘Na ke bona nako ea lipotso e se e nka half a day, ho ntse ho botsoa lipotso. 

Joale hana na re ipapisitse le Molaoana ofe oa Tsamaiso, haeka ehlile kapa ehlile ho na…

MR. VICE-PRESIDENT:  ‘Na che, ha ke e batla ke bone eka e etsa refer to a particular question ka nako eno.  Ke ne ke sa nke e re lipotso li ka qala ka 10:30 eaba ka 11:10 re qetile.

HON. SENATOR K.L.K. THEKO:  U ka fumana ho Bangoli, ke bona eka ba ntse ba sheba.  Question time allotted to the Ministers.

MR. VICE-PRESIDENT:  Ke ile ka e nyarela.  Ele potsong e le ‘ngoe kapa ea – ke batla u be clear.

HON. SENATOR K.L.K. THEKO:  Ka nako eohle, Ntate, ke ho re eseng Potsong e le ‘ngoe. 

Ke ne ke re u hle u bolele hore ke nako e kae per day joale ka ha e le Laboraro re botsa Matona – nako a allotted to that business of Questions.  How long is it, Sir?  Ka hlompho le boikokobetso, Ntate.  

HON. SENATOR T.M. MOHALE:  Kea leboha, Ntate.  Ke ne ke mpa ke botsa Letona le Khabane hore na ke kapele hakae le tla fana ka programme ea Lekala la lona ka litsela na ho latela Potso ena ea Morena oa Sehlooho oa Ha Ramabanta.

HON. SENATOR K. LIHOLO:  Ka’nete ke se ke ema hobane ke tloaetse kapa ke le motho oa khale ho feta ba bangata ka lilemo mohlomong le hona Paramenteng mona.  Potso ea ka ke ena, eo ke elelloang hore Ntate Au o se a batla a e ts’oere.

Mohlomphehi mong’a Potso Morena oa ka oa Ha Ramabanta o ne a botsitse ka marokho ana a maoto a mahlano.  Letona le ntse le araba hantle, le bonts’itse hore Karabong ea lona ea sethathong hore moralo oa tokiso ea marokho naha ka bophara o se o le teng, ‘me mohlomong taba ke ho sheba hore na tsitsiso ea lichelete e tsamaea joang.

Joale ke ne ke re potso ea ka e ne e ts’oana hantle, empa ke lokela hore ke e tlohelle hobane ke ne ke batla hore ke re na haeba ho joalo Letona le bua ka naha ka bophara le se le sa etsa focus feela Potsong ena ea Morena oa Ramabanta hore na marokho ana a tla akofeloa kapele hakae hore a lokisoe, joale Letona le akaretsa naha ka bophara ba eona. 

Joale ke re na Letona le se le na le lethathamo la marokho ‘ohle mohlomong a ileng a senyeha na?  Ntate Au o ile a e botsa, ha ho hlokahale hore ke ee ho eona. 

Feela he, eo nka boelang ka re Letona le e behile ka makhethe ke ena ea hore marokho ana ha a le tjena a mang a oela Lekaleng la Local Government ha a mang a oela Lekaleng la Public Works

Joale ke re Letona le ke le hlakisetse Ntlo ena hore na ho ana a mahlano a hlahang Potsong ena ea Morena oa ka, ke afe a oelang Lekaleng la Local Government joale ka ha ele lona le botsitsoeng Potso na? 

Letona le re kholisitse re le Ntlo ena hore – Letona le kholisitsoe le lona hore marokho ana ha a le tjena kaofela a tlil’o sebetsoa na?

HON. SENATOR R. MOPELI:  Kea leboha, Ntate.  Ke kopa ho botsa Letona joale ka ha le ntse le hlalosa marokho ana hore le tl’o a lokisa ha lichelete li se li le teng. 

Potso ea ka ke ho re na borokho bona bo kopanyang Ha Makhoahla Seterekeng sane sa Butha-Buthe le Maloseng bona ebe bo keneletse lenaneng lee la hore marokho a tl’o lokisoa – bona ke borokho ba likoloi, Mohlomphehi, ha se bona ba maoto, ‘me ke lumela ehlile Letona le tla nkaraba hore na ke kapele hakae, haholo joale ka ha e bile ele Sekila!

MR. VICE-PRESIDENT:  Ka’nete ke ne ke re Litho tse Khabane, ho latela Melaoana ea rona ea Tsamaiso, ke lokela ho le thiba, leha ke seke be ke etse joalo hore ha le etsa lipotso tse nyanyeletsang le lule holim’a hoo e neng ele Potso, re se ke ra etsa lipotso tse ncha. 

Ke se ke kopa, Baholo ba ka , hore re lekeng ho etsa joalo.

HON. M. LEOMA:  Ha ke u hlomphe hape, Ntate.  Ha ke tle ho Morena oa ka oa Lioli, o ne a mpa a botsa feela hore na ho tlile tlhokomelong ea ka hore koluoa ena ea lipula e qalile ka 2020.  Ho joalo, Morena oa ka, ho tlile tlhokomelong ea ka.  O ne a behile taba e bonolo ea hore marokho ana a mahlano Tona-Kholo o bile a ea mono, joale na ho ile hoa phethahatsoa hobane o ne a fanne ka taelo. 

Ae ka’nete ehlile haeba ‘na hona joale ke fihla ke re a kenyeletsoe kahar’a moralo ona oa DMA, ke ho bonts’a hore ho ile hoa ba le litaba mohlomong tse ileng tsa lutla.  Eare ha Tona-Kholo a qeta ho fana ka taelo eaba ha ho phethahatsoe, empa re leka ho phethahatsa eona taba eo ha re etsa joalo.

E ‘ngoe hape kea kholoa ke ea hore na likoluoa – ka koluoa re ipapisitse le tsona litaba tsena tseo ke buang ka tsona hore na koluoa ke koluoa ha ho le joang.  Kea kholoa ehlile koluoa ke tlokotsi, ‘me haeba ke tlokotsi motho e mong le e mong o na le kutloisiso ea hore tlokotsi e tlameha e atameloe ka nako.

Ke batla ho hapella le taba ea Setho se Khabane Ntate Au ha a bonts’a hore kea kholoa ha u ka lahlela mahlo u tla bona hore koluoa ena eo re re’ng ke koluoa e nkile nako e telele, e se e bile e nkile le lilemo tse fetang Selemo sa Lichelete.  Ha ho nepahetse e tlameha e sebetsoe hang kahar’a Selemo sa ‘Muso sa Lichelete.

Ke batla ho lumellana le Setho se Khabane tabeng eo, empa re tla hopola hore re ile ra ‘na ra ba le liqholotso tse amanang le lichelete joalo-joalo, tseo re seng re li tseba.  Tse ling li sitisitse ehlile hore ebe likoluoa tsena li qetelletse li arajoa, li fuoa boemo ba pele.

Ho na le taba e ‘ngoe ea bohlokoa ena ea Phau-manyetse.  Ae ka’nete ehlile re fumane hore ho na le – ebile rea tseba re le Basotho hore ho ile hoa ba le lets’olo lane le ileng la bitsoa Phau-manyetse, ‘me e ile ea sebetsoa ka mokhoa oo e ileng ea sebetsoa kateng. 

Ena eo ke buang ka eona ‘na hona joale tjena – eo ke leng Setho sa eona, ke hlokometse ha ho na moo ho buuang ka Phau-manyetse, ho ipueloa feela ka hore ke likoluoa, ‘me tse ileng tsa runya ka lebaka la lipula tse neleng hampe, ‘me ha e na lebitso leno la Phau-manyetse, Ntate.

Feela he, kea tseba eno ea phau-manyetse ke ntho eo ke e hopolang.  E ntse ele hore le ‘na ke tle ke e tsome hore na e felletse hokae, e boemong bofe, e se ke eaba e lahluoe kherehloa, haholo ha re ipapisitse le lebitso la ntate e moholo hakaalo ea nang le nalane kahar’a ea Lesotho, ea bileng a phahamisa naha  ena ea Lesotho, kapa re ka re folakha hobane o ne a na le hore a tsoele ka ntle ho naha, ele hore re se ke ra silafatsa lebitso leno le joaloka hore ebe re e tlohella kherehloa feela taba eno.

Ho buue ka taba e ‘ngoe ea bohlokoa haholo ea Polelo.  Ntate, ke kopa u ntumelle hore ke tle ke tsamaee ke tle ke e’o hlopha taba ena ea Polelo ke ipapisitse le likoluoa kapa litsela tse ileng tsa senyeha le marokho a senyehileng kahar’a naha ka mona.  Taba eo ke e nke ele ea mantlha e bileng e leng bohlokoa hore re ‘ne re hlabe Ntlo ena malotsana.

Tokomane e joalo, Ntate, ke na le eona, ke tla etsa kapelenyana hore Mongoli oa Lekala a tle a sebeletse hore e tle e fetele ho Clerk of the Senate kapelenyana.  Ha ke tsoa ka mona ke se ke ntse ke tla hlophana le taba ena, ele hore a tle a be le leseli la litaba tseo, eena a tle a e fetisetse ho Litho le eona, ekaba pele ke tla ho tla etsa Polelo ka mona.

Ho na le eane e buueng e leng ea li-rally.  Ka’nete ke kopa ke se ke be ka e kena haholo, hobane joale ehlile ke toka le ts’oanelo hape hore ha u sebetsa ‘moho le mang kapa mang moo u hlokang hore u kenye lehetla u tla etsa joalo, u tla ‘ne u etse mosebetsi oa letsatsi le letsatsi, ha e le feela ele lits’ebeletso, ‘me re nka feela re ntse re nepa hobane joale ka har’a Ntlo ena re fana ka ts’ebeletso.

Morena oa ka oa Tajane o ntse a buile ka taba eane ea programme hore na e ka tla joang.  Ke se ke ntse ke e araba, Ntate, ha ke cho tjena hore ehlile ke tla sebetsa le P.S. hore a tle a sebetse le Clerk hore Tokomane e joalo e tle e be teng, le tle le be sehlohlolong le lona le tle le bone hore na ho etsahalang ke hofe ka litaba tsena tseo ke ntseng ke bua ka tsona tsa ts’enyeho kapa tsa ts’enyo ea litsela le marokho.

Ho na le ea Mohlomphehi Hloaele. O buile ka taba e kholo eane ea Ha Mpeako, haeba ke fositse lebitso ke kopa a tle a nts’oarele.  Haeba ke hopola hantle Haeba ke hopola hantle Ha Mpeako eno eo u buang ka eona le ka sebaka sena seo u buang ka sona, hore ke u fe pele hore ke bekeng e tlang –  ke emetse ho hlopheloa letsatsi, Ntate, ke tlameha ho ea ka mono.

Ke mateanyong a lebatooa la Malingoaneng le lebatooa la Maliba-Mats’o, (ha ke fosa u tla nthiba ‘me haeba ke sa fosa hona mono ke moo ke hopolang hantle hore ho na le likhang tsa li-Council tse peli tsa hore na borokho bono bo il’o lula hokae ho khahlametsa bana ba sekolo) joale Council e ‘ngoe eabe e fupa tjena. Ke tl’o ea mono ke se ke ts’oere tokomane, hobane ka Labone lena leo re tlang ho lona ke batla ho hlophela taba eo ke ee ka mono ke ts’oere full information ea litaba tseno tsa ka mono.

Ke tseba hantle hore taba eno Mohlomphehi Rapapa o ile a ba a e siea ka kotloloho matsohong a Council hore ba etse qeto, hobane ho ne ho sa hlokahale hore eena a etsetse Council qeto. Li-Council tseo li ne li hloka hore li lule li be li bitse Bakhethoa ba tsona kapa Maparamente a amehang joale ba etse moralo, ba shebe ‘moho; e seng Letona le fihle le laele tabeng eno.

Ke ntse ke sa tl’o tla ke laela, Ntate oa ka, ha ke fihla ka mono. Ke tl’o ipapisa le hore na ba lumellane joang ebe rea sheba.  Empa re ka eletsana re le ba amehang.

Taba eno ea ka mono le ‘na ke le tjena ke utloile ke soabile hampe hore e be e ntse e sa sebetsoe e le hobane ho na le litaba tsa eona.

Kea kholoa Mohlomphehi Diholo o buile taba ea bohloka, Ntate. Potso ena mona moo e reng marokho a oele, a k’u mphe monyetla Ntate, oa hore marokho ao a mahlano ke tle ke il’o a sheba hantle ke tle ke be le ho ts’oarehang hore na marokho ao ha a le joalo a oela ka ho rona ka mona ka Local Government –  kapa a oelang ka ho rona a makae, kapa ke afeng. A k’u mphe monyetla oa hore nke ke il’o sheba ke tle ke lokolise taba eno ka nako e tlang, hobane ke tla tloha ke u fa hoo e seng hona.

Morena oa ka oa Butha-Buthe, Potso ena ea hau e ncha, Ntate oa ka, feela ke e ngotse e ntse e le ncha joalo e le hore ke il’o ithuta hore –  akere ke itse re na le patantana eo kahar’a eona re tl’o sheba, kea kholoa Council e ka ‘nang eaba e cha? U tla nthusa haeba ke bua ka eo e seng eona –  ha se Likila?

Ha ke tsebe haeba ke ea Likila, empa re tla e shebisana e le hore re tle re re BCS a hle a re fumanele le eena. Joale empa kahar’a moralo ona o seng o behiloe fats’e ke tl’o sheba kahar’a moralo ono. Ke tla sebetsa ka matla hore taba e kang eno ke tle ke tsebe ho e hlakisa e ka ba mona e ka fetoha Potso ea nako e tlang, ke tla e hlakisetsa uena hore re tle re e shebisane, joalokaha u le Morena oa setereke.

Ke qetelle ka e ‘ngoe mona. U tla mpolaisa Morena Joel mane ke utloile hore u re ke Sekila! A-e, ha ke sekila empa uena u mpha lits’ebeletso ka mane ka Likileng, Ntate; ke ka nq’ena, ehlile ke ka nq’ena ka Leribe, ke Nare (laughter).

MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Honourable Minister.

Morena Khoabane, Ntlheng ea hau ea Tsamaiso ke balile Melao e re tsamaisang joalokaha re ne re ile ra cho.

Ehlile ha ho na nako e buuoang hore na ho etsahal’eng. Ho bile ho na le moo ho buuoang ka hore na ‘na ke tla etsa apply maikutlo a ka tabeng joale ho mpang e le taba ke hore mohlomong ke bonahala ke tlohella litaba li buleha haholo ka kutloisiso ea hore re etsa oversight.

Ba be ba le teng, ho na le lintho tseo re ka ratang hore re be re se re li nka mofao. Ha ho ne ho nepahatse ho latela li-Standing Order tseno, e ne e tlameha hore le pele eena a re Potso eno e ncha ke ‘na a neng a lokela hore ke le thibe hore le botsa Lipotso tse ncha, athe kutloisiso ea ka ke hore re ntse re etsa oversight e le mosebetsi oa rona re le ntlo ea Paramente.

Ke lona lebaka le leholo leo ka nako e ‘ngoe e ka ‘nang eaba ke lumella hore ke be mabatha joale re le ka nq’ena le ka nq’ena e be e le only for purposes ea oversight.

Kea leboha, Ntate.

QUESTION 166: SCOTT H, on behalf of Honourable Senator S.B. Seeiso, asked the Minister of Health whether he is aware that nurses at Scott Hospital in Morija have not been paid their salaries for the month of May, 2022 and are on a go-slow due to Government’s failure to dispatch annual subvention to the hospital, and if so, how soon shall the Government effect its obligation of supporting the hospital with the subvention?

HON. S. SEKATLE (MINISTER OF HEALTH): Ke lebohile, Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo.

Re lemohile hore basebeletsi kapa baoki ba sepetlele sa Scott ba ile ba hulanya maoto khoeling ena kapa qetellong ea khoeli e fetileng, ‘me e ne e le ka mabaka a hore ba ne ba sa fumana lichelete tsa bona kapa meputso ea bona.

‘Nete e salang ke hore baoki ha ba lokela ho etsa joalo, ‘me Ntlo e Khabane e ts’oanela e nthuse hore, a-e, booki ke pitso, baoki ha ba lokela hore ba hulanye maoto ba ts’oanela hore ba re thuse ba oke bakuli.

Leha ho le joalo, hoa utloahala hore motho ke motho ‘me ha a lapile o na le hore a itebale hore o entse kano, ‘me le rona re utloisisa hantle haholo.

Rea ba kopa, hee, hore kamoso ba se ke ba etsa joalo, ba tle re buisane, ba se ke ba hulanya maoto. Taba ena e tjena, Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli le Litho tse Khabane, ‘Muso oa Lesotho o ts’ehetsa litsi tsohle tsa Bophelo tsa Likereke (Christian Health Association of Lesotho  – CHAL) ka chelete e kaalo ka M90 million ka likhoeli tse tharo (a quarter) ea selemo, ‘me tloaelo ke hore ha kotara e ea qetellong le tla hopola hore ‘Muso o lefa in arrears ha kotara e ea qetellong, joale Lekala la Bophelo le kopa chelete e M90 million ho Lekala la Lichelete hore Lekala la Lichelete le lokolle chelete ea mofuta o joalo e tsebe hore e ee ofising e kholo ea CHAL moo CHAL e abelang likereke tsohle tse nang le litsi tsa bophelo chelete ena.

Khetlong lena Lekala la Bophelo le entse joalo ka tloaelo hore le etse kopo ea M90 million sebakeng sa kotara ena ho tloha ha e qala hofihlela khoeling ea Mots’eanong.

Leha ho lejoalo, ka lebaka lalikhaello tsa lichelete, ‘me ha ke bua ka likhaello tsa lichelete hakere ‘Muso ha ona chelete le mosali a fielang oa bona, ha ke cho joalo ke re cash flow.

Ka lebaka la cash flow, Lekala la Lichelete le fumane hore le sitoa hore le be le 90 million kotareng ena e fetileng, ‘me le ile la re laela hore re etse kopo e ncha eachelete ea khoeli, ‘me kea kholoa Ntlo e Khabane e tla lemoha hee hore chelete ea khoeli ke 30 million, ‘me taba eo ke eona e bakileng tiehiso e kholo ea hore basebetsi ba fumane mekholo ea bona.

Lekala la Lichelete ka lebaka la mathata ‘ona ano a ho bokella chelete ea Revenue hobane ‘Muso o lefa litsébeletso ka chelete e bokelloang kapa ka Revenue, ‘me ka lebaka la mathata a ho bokella lichelete, haholo selemong sena moo re bileng le koluoa ena ea covid-19, le tsena tseo li ntseng li boleloa tsa litsela, tsa lintho tse ngata, hoa bonahala hore ho bokelloa hoo ha Revenue hoa lieha  ka hore ho na le bothata ba lichelete ‘Musong ka kakaretso.

Ba re laetse hore ho tloha joale re kope chelete e lekaneng ea khoeli e leng 30 million. Re entse joalo ka potlako lehaele mona basebetsi bana ba se ba hulanya maoto. ‘Me ke motlotlo kajeno hore re atlehile ho fumana chelete eo, ‘me le bona ba lefiloe, e ne e se bane ba Scott feela empa le ba bang, empa bana ba Scott ba entse ntho e sa tloaelehang e sa lumelleheng e mpe Morena oa ka. Kea ba kopa hee hore ka moso ba se ke ba etsa joalo, ke batho bao ke ba ratang haholo bao ke sebetsang le bona hantle.

 Letsatsing lena ba tsoa mpha thepa e ngata haholo e thusang hore mosebetsi oa bona o tsoelepele hantle, ha ke lakatse le ka letsatsi ho qabana le bona, ha ke lakatse le ka letsatsi ho qabana le likereke hobane ho ea heso o ka ’na khaoloa ha o etsa joalo. Laughter!

‘Me re lebohile hee Mohlomphehi ba lefiloe kajeno, ‘me re soabetse tiehiso eo e bakiloeng ke mabaka a maholo a naha ena.

Kea leboha Mohlomphehi.

HON. SENATOR S.G. MASUPHA: Kea leboha hle, Vice President.

Letona la ka le fane ka karabo e ntle ka ‘nete, ke mpa ke leka ho nyanyeletsa ka hore na joalo ka ha re tseba hore taba ea mokholo oa motho o na le li policy, rent le lintho tsena kaofela tseo motho a ka li nahanang bophelong ba motho, o na le transport, ha sa fumane chelete eo a ka se tsebe ho ea mosebetsing. Le joale kea ipotsa ba ntse ba atleha joang, ke re na Mohlomphehi  le le ‘Muso u lo inahanne hore u etse Polelo ea hore haeba taba e joalo e tla etsahala ho etsoe Polelo ho Basotho bana ba nkileng kano ena ea hore ba tla sebeletsa Basotho malabena le ho pholosoa ha bophelo ba bona na Mohlomphehi?

HON. S. SEKATLE: Ha kea etsa Polelo ka mabaka, re ne re sa lemoha hore ho ka etsahala taba ea mofuta ona e o e leng hore e hlahile ka tsóhanyetso Morena oa ka.

Ha e le taba e hlakileng hore e tla etsahala, ke amohela boeletsi ba hae hore re tl’o hlalosa nako e sa le teng, empa ke hlalositse hore ho tloha joale re elelletsoe bothata boo. Re tla batla e nyane chelete ea khoeli le khoeli re tsebe hore re atlehe ho lefa ka nako.

MR. VICE PRESIDENT: Rea leboha Ntate Minister, ke lokela ho etsa tsebiso ea hore Komiti ea Ketsa-Melao ha e sa tla lula  kamor’a lijo tsa motséare kajeno, taba eo e se e tla boela e hlopheloa letsatsi le leng.

ADJOURNMENT

Thereupon, Madam President adjourned the House without Question put, pursuant to the Standing Order No. 16 (3).

The House was adjourned accordingly at 13: 27 p.m.