PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO
SENATE CHAMBER
Wednesday 17th November, 2021
The House assembled at 10:30 a.m.
MR. VICE-PRESIDENT (in the Chair)
PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer
ANNOUNCEMETNS FROM THE CHAIR
MR. VICE-PRESIDENT: Litho tse Khabane, kea le lumelisa hoseng hoa letsatsi la kajeno. Ke ne ke kopa feela hore, beng ba ka, ke se ke ka le bakela semaka joale eaba re lutse, ha le tsebe hore na bothata ke bofe.
Ho ne ho entsoe tlhopho le Letona la Temo le Kanetso ea Lijo hore le tl’o etsa Polelo ka Ntlong ena kajeno, ka litaba tse amanang le ho lefshoa hoa lihoai tse hlahisang boea le taba ea phumants’o ea mononts’a kapa manyolo.
Ntate Clerk o ntse a re thusa ho utloa hore na ebe Letona le Khabane le nyameletse ho kae.
HON. SENATOR. S.G. MASUPHA: Mohlomphehi, ke mpa ke re mohlomong ke lumela ha re le bangata re na le hore re thusane. Ke bona eka ho ema ka tsela ena eo re lutseng feela ka mona ho se na business, na ho ne ho ke ke hoa ba bohlokoa hore re ke re re khefu, hofihlela mohlomong re boela re bolelloa ha Letona le fihla, hobane ehlile rea le hloka lona letsatsing lena.
MR. VICE-PRESIDENT: Ke utloa hantle na Morena oa ka u re’ng. Ke ne ke lumela hore ha re na ho nka nako e telele haholo. Re tla bona haeba re hloloa, re tsoela pele ka mesebetsi e meng ea Ntlo.
Litho tse Khabane, ache e re hlotse ena ntoa ea Letona la Temo le Kanetso ea Lijo. Tlaleho eo re e fuoang ke ea ho re, Mongoli e Moholo oa Lekala leo o re ha a letsetsa Letona le khaola fono. Joale ha re utloe hore na ho boetse ho na le Motlatsi oa Letona Lekaleng leno, joale na ebe eena ho etsahala’ng joang.
Tsebiso ea pele ea rona e ne e le e amang litaba tseno. Ke kopa hore ke mpe ke e fete.
Athe ka mor’a lijo tsa mots’eare kajeno, Komiti ea Ketsa-Molao e tla kopana hona ka mona ka Ntlong le Lekala la Lichelete ka Sets’oants’o sa Molao sa Financial Consumer Protection Bill, 2020, le Insurance Registration and Licensing Requirements for Insurers, Regulations, 2021.
Tsebiso e hlahlamang ke ea hore hosane Labone la 18 Pulungoana, 2021 re tla tla re ba le Polelo ka Letona la Bosebetsi le Khiro ka leano la operation toss.
Tsebiso e hlahlamang ke ea ho re, hona hosane Ntlo e tla amohela Litlaleho tsa Komiti ea Ketsa-Molao tse latelang:
Precious Stones, Prevention of Elicit and Diamonds (Amendment), Regulations, 2021,
Refugees, Naturalization, Fees, Regulations, 2021,
Tollgate, Amendment, Regulations, 2021,
National Identity Cards (Amendment) Bill, 2021,
Drugs of Abuse (Amendment) Bill, 2020.
Tsebiso e hlahlamang ke e re’ng, ka mor’a lijo tsa mots’eare hona hosane, Komiti ea Litletlebo e tla kopanela hona ka mona ka Ntlong le Bahlanka ba ts’oenyehileng ka litaba tsa Letlole la Lichelete la Bahlanka – Public Officers Defined Pension Fund.
Tsebiso e hlahlamang eno ke ho re, SADC-PF e memela Balula-Setulo le bangoli ba Likomiti tse latelang: SDG’s, HIV/AIDS and Legislation Committee, ho ea Phuthehong ea letsatsi e tla ts’oareloa Avani Maseru ka la 22 Pulungoana, 2021.
Taba-kholo ke nts’etso-pele ea lipuisano tse seng li ntse li tsoela pele holim’a sehlooho sa ‘Campaign on ending unsafe abortion in the SADC Region’.
Tsebiso ea ho qetela ke ho re, Morena L.L. Seeiso o kopa ho kopana hakhuts’oanyane le Litho tsa College of Chiefs.
Litho tse Khabane, re fihlile pheletsong ea mosebetsi oa letsatsi la kajeno.
Ntlo e tla phomola ho fihlela hosane ka nako ea mehla ea 10:30 hoseng.
ADJOURNMENT
There being no further Business on the Order Paper, Mr. Vice-President adjourned the House without Question put, pursuant to Standing Order No. 16(3).
The House was adjourned accordingly at 11:03 a.m.