Hansard 24 November 2021

SENATE CHAMBER

Wednesday 24th November, 2021

The House assembled at 10:30 am

(MR. VICE-PRESIDENT in the Chair)

PRAYER

The Chaplin led the House in Prayer

ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR

MR. VICE-PRESIDENT:  Kea le lumelisa, Litho tse Khabane hoseng hoa letsatsi la kajeno.

Litsebiso tsa Laboraro la la 24 Pulungoana, 2021 li eme tjena: 

  • Litho tse Khabane, kajeno ha Ntlo e phomola Business Committee e tla kopana ka Ofising ea Mookameli oa Ntlo hona mona meahong eo re leng ho eona.
  • Hosane, e leng Labone la la 25 Pulungoana, 2021 Komiti ea Litletlebo e tla kopanela hona ka mona ka 10:00 hoseng pele Ntlo e kena.  Komiti e tla kopana le Lekala la Bophelo hammoho le Setsi sa Bokhoba ba Tai.
  • Paramente ea Lesotho e khethiloe ho ts’oara Tulo e Akaretsang (50th Plenary Session SADCPF) Hoteleng ea Avani Maseru ho tloha ka la 10 – 12 Ts’itoe, 2021.  Tulo e tla ts’oaroa ka marang-rang hona sebakeng seo.  Ho tla ba teng Baemeli ba Paramente ea Lesotho; le Bamemuoa ba bang ba Litho tse ling tsa SADC li tla ba le seabo ka ‘ona marang-rang.
  • Ea ho qetela, Bookameli ba Ntlo ea Senate, Moemeli oa SADCPF, Mohlomphehi R.P.L. Peete le Litho tse ling tse tharo tsa Ntlo ea Senate ba menngoe Phuthehong eo Tulo e tlang ho its’etleha ka mohoo ona:  “Celebrating a New Era towards Consolidation of Voice of the Parliament in the SADC Region.”

Next Item, Mr. Clerk.

TABLING OF SURBODINATE LAWS

Hon. Senator P. K. Mosenene (on behalf of Minister of Health) tabled Public Health (Covid-19) (Risk Determination and Mitigation Measures) (No. 10) Regulation, 2021.

 It was referred to the Relevant Committee.

Hon. Minister of Home Affairs tabled Registration of Births and Deaths (Amendment) Regulations, 2021. 

It was referred to the Relevant Committee.

MR. VICE-PRESIDENT:  Letona le Khabane la Temo le Kanetso ea Lijo, re kopa u re etsetse Polelo, Ntate.

HON. N. KABI (MINISTER OF AGRICULTURE, FOOD SECURITY AND MARKETING):  Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo ea Mahosana, Bahlomphehi Litho tse Khabane tsa Ntlo. 

Litaba tsa menonts’a ea temelo ea lehlabula lena li ile tsa ba morao ka mabaka a ‘maloa.  Lebaka le leholo la pele e ile eaba hore Lekala la Lichelete le ne le ile la fana ka chelete e fanang ka halofo ea menonts’a e ntseng e fanoa selemo le selemo.  E leng menonts’a e ka bang 4500 tonnes.

ho Supplier e neng e fana ka eona menonts’a ena o ne a tla ka monyebe ka ho tla ka likoloi tse fokolang ka letsatsi, kahoo re le Lekala ra ikeletsa hore re khaole konteraka ea hae, hobane joale a sa bonahale a eketsa methamo eo a tla tseba ho tla araba litaba tsona tsena tseo ke ntseng ke botsoa ka tsona.

Ha re qeta ho khaola konteraka ea hae, re fumana ba bacha bao ebileng e leng Basotho, bao le bona ha ba qeta ho fuoa mosebetsi, hoa ba nka libeke tse peli ho ea ho tse tharo hore ba qale ho fana ka menonts’a.  Taba eno eaba e re qalisa qalong le eona, ea re qobella hore re ba khaole ba s’o fane ka menonts’a, joale ba batla ho re ts’osa ka ho ea khotla, feela joale ba e-s’o tlise letho.  Leha ho le joalo, ra li khaola, ra qala.

Ho bano bao re qalileng fats’e ka bona, hosane ka Labone re tla be re qala ho fumana loads tsa pele ka methamo e holimo ho latela ts’episo ea bona eo re bileng re itlhophetseng ho bula ho tloha Labohlano lena le Moqebelo le Bahlanka ba Lekala la haeso e le hore re tle re tsebe ho atamela le ho khahlametsa taba ena ea seboko sena se teng.

Ke nke monyetla ho hlalosa hore e ka ‘na eaba Lekala le tla tlisa Potso Sechabeng ka taba ena ea theolelo ea menonts’a, hobane joale ke leano le bulehileng le reng motho e mong le e mong ea batlang ho ea masimong a fumane menonts’a ka litheolelo; le motho eo e reng ha re fihla ka mekotla e 40,000 joale eba potomane ea hae e mo lumella ho li nka kaofela, h’a thibeloa ho etsa joalo. 

Bahlanka bane ba haeso ba rekisang bao ho thoeng bona ba se ke ba reka, ba shebe feela, ba ‘ne ba fetise, leano ha lea ba koalla, le buletse Mosotho e mong le e mong.

Leano mohlomong le ka fetoloa, la notloa hathoe, ‘le thuse fela batho ba likojoana li mahetleng’’. 

Temo ka bo eona ha u e sheba leha u ka reka mononts’a ka makhetlo a supileng, ha u lemme hantle u tla etsa phaello mono mobung. Empa ke taba ea letsatsi le leng eo.

Bokhuts’oanyane le bolelele ba litaba, Bahlomphehi, ke ho re re ile ra lubana le mokhoa oa hore re fumants’oe batho ba re tlisetsang menonts’a ka mothamo o ka etsang hore lerata lena le thole.

Ke toboketse hore Lekala la Lichelete lona e ile eare ha re fihla re kokota ho tl’o eketsa lithane tsena tse 4000 tse neng li se li haba ho fela, le ile la re thusa ka tse boetseng li lekana ka palo kaofela E leng ho re kakaretso ea menonts’a e fanoeng selemong sena ke lithane tse likete li robong.

Ke nke monyetla hape ho bonts’a, Ntate, hore ho na le taba ena hape ea boea eo Basotho ba ileng ba etsa lerata ka eona ka nako e telele, eo Lekala la haeso ka Lekalana la Limmaraka, re ileng ra hlophela hore ho lefshoe mokhahlelo oane oa lihoai tsa 2018; ‘me ho se ho lefuoe lihoai Quthing, Berea le Leribe. 

Ho ntse ho na le bothata bo bonyenyane Seterekeng sa Qacha’s Nek moo ho bonahalang ho na le batho ba ileng ba fumana chelete mokhahlelong oa pele, empa ba sa hlakoloa.  Joale nakong eo ho e’o lefshoa ba salletseng morao, bane ba seng ba lefuoe ba ntse ba hlahella.  Ho ile hoa etsoa keletso ea hore re ke re eme hanyenyane, ho hloekisoe manane.

Ka thoko ho mono re ntse re na le mokhahlelo oa 2019 oo Lechaena le sebeletsang Thaba-Bosiu mane le ileng la qakana le libanka tsena tsa hae mona, ka lona lebaka la ho kolota lihoai 2018.  Ha ho shebisanoa hore na joale ha u fumana chelete ea boea bona ba 2019 bo fihlela joang taolong ea Central Bank le libanka tseo Lechaena le li sebelisang hore ho lefshoe batho bano pele,Lechaena eaba le leka ho baleha taba eno ka hore le nts’e boea bono ka litsela tse sa tsebisahaleng; bo ts’oephoha LRA, le batho bohle, bo tsoa ka malibohong bo bile bo il’o fihla China.  Eaba joale ha bo fihla China bo sitoa ho lefshoa bo se na litokomane tse nepahetseng ho tloha Lesotho.

Ha ho se ho le joalo, re kopile Lechaena ho fihla le hlalosa litaba tsena Lekaleng mane.  Le fihlile la hlalosa, le bonts’a hore le kopa ho tlatsetsoa liforomo tseo le ileng la ts’oephoha le sa li tlatsa, le ts’episa hore khoeling ena le tla lefa.

Joale libanka ha li sa ts’epa Lechaena lena, hobane ke ka makhetlo esale le ntse le re le tla lefa, empa ha chelete e fihla le e sebelisa kaofela.

Ho qetelletse hona joale ka mokhoa oo ho ntseng ho sebetsoa kateng –  leha ke se na ho kena litabeng tsena ka botebo, ke fumane hore libanka tsohle tseo Lechaena le neng le sebetsa le tsona Lesotho mona le hlolane le tsona hoo le seng le se na polokelo ka har’a naha.  Hoo joale haeba le tla qetella le lefuoe, taba ke ho re na chelete e tla kena polokelong efe.

Ha ke na ho bolela mabitso a libanka feela libanka tsohle tseo Lechaena le neng le ntse le sebetsa le tsona-  le qetelletse le baleha ho ena ea rona ea lehae, eo joale le eona litaba tseno tsa International Trade ho latela ka mokhoa oo ke hlaloselitsoeng, ekare ke hona ho ntseng ho qeteloa li-process tsa hore litaba li ka sebetsoa ka kotloloho ho tloha China mohlomong ho tla bankeng eo.  Haeba eona banka eno e tla lumela ho tlatsa liforomo.

Kopo eo re e tekileng ho Lechaena leo leo le e ananetseng, ke hore pele ho December (2021) tsena tseo re kenang ho tsona bekeng e tlang a lefe lihoai tsena tsa 2019 tse kolotoang. Ha a qeta ho li lefa ka litsela tsa hae joale ho tle ho tlatsoe foromo eno e mo lumellang hore boea bo rekisoe.

Joale ka selemo sa 2017, 2018 o ne a ntse a re chelete ha e fihla ke tla patala, empa a ents’e kaofela bankeng, a e je, mahlomong a e bona mono –  makhetlo a mabeli. Lekhetlo lena la boraro ba re pele a ka ba lefa –  ‘me o itlamme hore o tla etsa joalo hafeela le bona b ats’episa hore ba tla etsa joalo ho tekenela foromo e lokollang hore boea bo rekoe, hobane bo ntse bo lahleheloa ke boleng. Ke boea ba 2019 boo esale bo behoa litorong bo s’o ka bo rekisoa, ‘me ka lebaka la international trade teng ha ho bonolo hore a ka chophoha a bo rekisa pele Lesotho le mo etsa authorise ka li-institution tsena tsa lona tsa lichelete.

Kea kholoa ke ona mokhahlelo ono oo joale ha a ka ts’epahala ka December re tlang ho etsa phatlalatso. E se e le eona chelete eo re ka reng entse e saletse ea lihoai; ha ea 2018 re ile ra sebetsana le eona kea kholoa libeke tse peli tse fetileng. Re nka hore o fetile mokhahlelo ono.

Kea leboha, Bahlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Honourable Minister.

[liatla]

HON. SENATOR P. S. MATHEALIRA: Kea leboha, Ntate Vice-President. Ka uena ke kopa ho botsa Mohlomphehi Letona la Lekala la Temo le Kanetso ea Lijo hore na hona le theolelo ea lekoete kapa ho jala?

 Ea bobeli, ha re ntse re sebetsa tjena ka taba ea temo re ntse re tiea re re temo ke mokokotlo oa naha tlas’a boemo boo boo lefu lee la seoa la pandemic ea Covid-19 e batlang motho a jeleng hantle?

Kea leboha, Mohlomphehi.

HON. SENATOR S. G. MASUPHA: Kea leboha, Motlatsi oa Madam President.

 Potso ea ka eo ke ratang ho e etsa ho Letona la ka le Khabane, ke re na le hlokometse hore nako ee eo ho ntseng ho buua ka menonts’a ena eo hothoeng e tl’o fuoa lihoai, hore nako ea temo e felile? na ha e le mona nako ea temo e se e felile ea selemo sena na molemo o sa le teng mononts’eng moo selemong see?

Che, re utloile mabaka a hae, feela joale na ho sana le thuso?

Kea leboha.

HON. SENATOR M. HLOAELE: Ha ke u lebohe, Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo.

 Lipotso tse khuts’oanyane feela ho Mohlomphehi Letona la Temo ke tsena, mabapi le boiteko bona bo bokana ho lefa lihoai tsena tsa boea: ke hore na ba amohelang –  ba lokelang ho fumana lichelete tsena ba tsebisitsoe? If yes, joang?

Ke hobane haeba e le taba ea li-wireless feela le lithelefishine –  ho na le ba senang tsona hohang! Na ebe mekhoa ke efe ea ho ba fihlela hore ba tsebe hore joale ba ka ea moo ebang ho uoa teng ho ea fumana lichelete tseno tsa bona?

 Ea bobeli, ke hore na hona le mathathamo a teng ao ba lokelang ho a lefuoa na? ke nahana ha a le teng a tla thusa hore ho bonahale bao e bang ba saletse ka phoso.

Kea leboha.

HON. N. KABI: Kea leboha, Mohlomphehi. Theolelo e lekoeteng selemong sena e teng leha e fihlile morao haholo. Ha re fihla ka hare ho Ofisi re ile ra fumana hore ho na le chelete e kaalo ka M15million e ka behelloang ka thoko sebakeng sa theolelo ea lekoete. Leha bahlanka ba ile ba bonts’a –  ho latela nako eno eo re belaellang ho etsa phatlalatso ka eona, hore hona le batho ba seng ba phethotse, ba qetile, ba bile ba lefuoe ke batho ba ba lemelang.

Joale empa ha ho qetelloa ho tsoeloa-pele ho na le ba ka etsang bolotsana ba ho tl’o tla ba etsa claim eka o fuoe halofo ke mong’a ts’imo –  ha re tsosa taba eno ka nako ena e morao. Empa leha ho le joalo re qetelletse re sa e koala re re re tsoele-pele hore ho fanoe ka theolelo eno selemong sena.

Potso ea bobeli ke itseng na temo e ntse e le mokokotlo?

Temo e lokela hoba mokokotlo, Bahlomphehi, hobane ho fihlella hona joale leha re ntse re bua ka menonts’a tjena re toboketsa –  menonts’a ke karolo feela ha re hlile re bua ka temo. Empa temo ka boeona e pharalletse haholo hoo lekala le tla nts’a phatlalatso haufinyana.

Ho na le meralo e ntsoeng ehlileng e tl’o bua ka temo,  e leng mokokotlo. Bekeng e tlang re tlabe re qala Mokhotlong re potoloha le litereke. Hona le batho ba tl’o kena ba ithukhubetsa, ‘me mohlomong, Mofumahali, le uena u tla kenella. Ho na le ba tl’o re temo ha se mokokotlo, empa re sa sheba pele hore na ho tla etsahala joang.

Re fumane hore ho ea li-billion tse leshome le metso e meraro (M13billion) ke chelete eo re e nts’ang lipokothong tsa rona e sa nts’oe ke ‘muso, re reka lijo tse hlahisoang naheng e ‘ngoe.

 Puisano eo re ileng ra e hlopha mane lekaleng ke hore batho ba sa  tl’o its’abella ho lema moroho oa cabbage re tl’o o reka. Re tl’o qala fats’e mono. Batho ba sa tl’o its’abella ho hlahisa litapole le tsona re tl’o li reka. Re ntse re fereha batho ba tl’o re tataisa ka litaba tsa temo, eseng ka ho etsa li-workshop, mohlomong masimong re sebetse le bona. Joale ha re ba kalimme masimong ebe re bona tlhahiso ea bona, e leng eona eane e tla ba isa moo ho rekisoang menonts’a ba ntse ba sa re ba emetse subsidy hore e fihle, ebe rea ithuta tabeng eno hore tlhahiso eo ba e fumanang e tlisoa ke taba ea hore mohlomong ba etsa temo ka mokhoa o nepahetseng.

 Haeso koana ho sebelisoa polantere eo esale e panoa ho tloha ka monna-moholo oa haeso. Poone e ‘ngoe ha e oetse mona ea peo e ‘ngoe e hlaha ho uena mono ts’imong ea liekere tse hlano, feela re ntse re lebelletse chai. Mononts’a o tlatsoa mono ebe re sebelisa likete tse leshome ho lema, feela u tl’o fumana mekotla e ts’eletseng. Ho fihlella hoba le motho ea re joetsang hore u tlameha hore ha u nts’itse likete tse leshome u fumane tse lekholo subsidy, u kene feela ha monyetla o hlaha; ha o sa hlahe u leme ka boemo ba commercial

 Re tl’o e bona boemong bono boo re tl’o qalella hore re il’o etsa hore motho e mong le e mong oa Mosotho a leme joale re thusane. 

Re na le ntho e bitsoang SADAP mane Lekaleng, re na le ntho e bitsoang WAMP. Ba khahlametsa Basotho bohle ba batlang ho kena temong ka sekhahla, ‘me ka ha ba se ntse ba qalile, ebile ha ba khethe, ba thusa motho e mong le e mong.Mohlomong selemo se tlang ka nako ena haeba re tla be ntse re le hona mona,re tla be re hlalosa hore selemo sane se fetileng re ile ra etsa phatlalatso ea hore re ea qala rea itlhahisetsa, ‘me ke rona bana re bua re le ka morao re na le selemo re fihletse litaba tse itseng.

Ho bile le potso e ‘ngoe e reng na ho phatlalatsoa joang ha ho tsebisoa batho ka litaba tsa lipatala tsa bona tsa boea? Ho etsoa liphatlalatso tsa li radio le tsa li television le tsa mefuta e meng ea phatlalatso, ho kenyeletsoa le ho tsebisa Bahlomphehi, e le Ntlong e ka holimo le e ka tlaase, hore ba fetise melaetsa e joalo ho ea ho lihoai  ka hare ho metse.

Potso e ‘noge e ne e re na ha e le mona nako e se e ile tjena na thuso e sale teng na? Lesotho mona hangata haholo-holo mona mabalane, mesikong koana le loting eka ‘na eaba re se re hlile re sitiloe, empa bonyane ho ea li 10 le li15 tsa December ka lipeo tsena tse sebelisoang, re ntse re khona hore re lelekise hore re fihlele hore nako eane ea kotulo ha e fihla ebe ho na le letho leo re nang le lona.

Kea leboha, Mohlomphehi.

HON.SENATOR.M. HLOAELE: Letona le Khabane le siile potso e ‘ngoe e neng e re na ho na le mathathamo a teng mohlomong a isuoeng bankeng e etsang mosebetsi ona hore e bone na e lefa bo mang.

Mohlomphehi oa ka ha a e thetsa.

HON. SENATOR. K.L.K .THEKO: Ke ne ke re ke utloe ho Letona le Khabane le tle mpe le be honest hle ka potso ena. Ke hore re se ke ra ‘na ra mo khathatsa hobane haeba e sa khotsofatse, re tla utloa re nyenyefetse haholo.

Honourable Minister, scientifically re utloa hore manyolo   ka bo ona ha a etsa exit lintho tseo tsa ona a kena moeeng a senya boemo ba lefats’e kapa ba leholimo. Ke hore ke poison tse ka etsang hore taba ena ea climate change e ‘ne ebe worsened.

Ekaba Letona le Khabane le tseba hakae ka taba ena ea hore na ho na le tsela e ‘ngoe eo mohlomong e ka khothaletsoang sechaba sa Basotho hore se leme ka  eona ho na le manyolo ha ele moo a na le ts’obotsi ena ea ho senya lefats’e ka ntho ena ea teng e etsang hore ho ‘ne ho senyehe?…

Ea bobeli Honourable Minister eo ke neng ke batla your honesty ke ena. Ke hore Party ena ea heno ea Kobo-tata e ile ea bua phatlalatsa hore slogan sa eona ke hore, ”sera sa motho ke tlala”. Joale empa ts’obotsi le level eo temo Lesotho e e etsang underminethat haholo, ekaba u bolela hore kamoso haufinyane moo u reng ho tl’o tla kopanoa ho tlo buua ka hore na temo ehlile ke mokokotlo oa naha.

Are you going to stress, le ho etsa hore re utloisise hore you really are committed kapa empa e le slogan se kang ”Ea khutla naha le matekoane aeona,”which we have never seen come back, eaba motho e mong o re e ne mpa e le slogan feela oa Congress ka nako eo. 

Joale ke ne ke re na ekaba tiiso ea lona le le Party e bolelang hore tlala.. ntle leha ebe le re le tla re fa mazimba chips, empa le ona mazimba chips haeba ho thoe re je a ntse a tsoa litapoleng tse lengoang.

Joale ke ne ke re na ekaba tiisetso ea lona, commitment ea lona e ka etsang hore sechaba sa Basotho se bone le hlile le sebetsa na ebe le tl’o etsang to improve mokhoa oa temo le preservation ea mobu?

Ke rialo hobane re lema holim’a mobu. Joale taba ea khoholeho le ka nako ena eo pula e seng e re senyetsa ona masimo le lintho tsohle kaofela, ekaba commitment ea lona e tl’o ba efe e tl’o re thusa malebana le hore joale ho bonoe hore ehlile you are committed ka taba ea temo? Ke hobane u na le Lekala le kang la Trade and Industry, u na le lekala lena la No.5.

Ke hore ke makala ao ekareng haeba u etsa coordinate le ona ka tsela ea hau, ea lekala lena la haeno, le ne le ka etsang? Ekaba what is your plan? Ekaba le hopoletse joang kapa e mpa e le taba feela hore taba ke taba e buuang ka molomo feela hore sera sa motho ke tlala, empa le sa etse letho?

Kea leboha, Mohlomphehi

HON.SENATOR.T.AU: Kea leboha Ntate President. Ka uena Ntate ke kopa ho botsa Mohlomphehi Letona lipotso tse tharo. Tse peli tsa pele kea kholoa ke lipotso tse straight forward.

Ea pele ke litabeng tsena tsa boea. Ke utloile Ntate Letona a bolela hore ba se ba tsoa lefa Quthing, ba se ba tsoa lefa Berea le seterekeng se seng. Joale ke ne ke lebeletse hore o tla bua ka setereke sa haeso sa Maseru hobane ho na le batho ba ‘maloa ba es’o ka bang ba lefuoa, bao ke ileng ka fana ka mabitso a bona Ofising mane, joale ke utloile a sa re letho ka bona. Ne ke re a tla ka a nthuse hore na bana ba Setereke sa heso bao ke faneng ka mabitso a bona ba lebatoeng la Thaba-putsoa mane na ebe bona ba tla tseba ho thusoa neng esale ba leta?

Ea bobeli ke e amanang le litaba tsena tsa menonts’a. Ea pele ke hore ho hlalositsoe ka nepo ke Bahlomphehi ba buileng pele mona hore nako e se e batla e ile haholo-holo sebakeng sa lihoai tse ka thabeng le tse mesikong ea lithaba. Joale ba qeteletse ba lema ba sa sebelisa manyolo hohang, ba bang ba bona ha b’a khona ho lema hohang.

Joale haele moo Letona le re ho na le methamo e tl’o tla e ba teng e batlang e le metlenyana, ke re ke utloe hore na Ntate Letona ka Lekala la hae u tla lumella lihoai tseo hore ba tle ba fumane thepa hona joale eo ba tla tseba hore ba e sebelise selemong se tlang? Ba tle ba tsebe ho lema ka nako selemong se tlang ho se ke ha thoe ”ae” ho na le hore ba tingoe mononts’a, hothoe ba ke be ba reka hona tjena ba rekela selemo se tlang.

Joale ke ne ke re na ho qoba bothata bona boo re kopaneng le bona selemong sena, na ba tla ba lumelloa hore ba reke ka tse ling joang e le hore re tle hle re ba tsebise?

Ea ho qetela e batla e amana hanyane le potso e botsitsoeng ke Morena oa ka oa Thaba,  empa hee ha e ts’oane le eona hantle. Ke potso eo nkileng ka e botsa Mookameli oa Lefapha la Lipatlisiso Lekaleng la Temo mane about 20years ago, eaba karabo ea hae ke hore u bona eka ekare ha ke phele hantle.

Joale ke ne ke re nke ke botse Ntate Letona hobane ke ntse ke nahana hore e ntse e le valid le kajeno.  Ke hore na ha motho u sheba demand ea litaba tsena tsa mononts’a ka hare ho naha ka mona, hore na e holimo hakae le hore na re sebelisa chelete e kae re le naha ho reka menonts’a ka ntle ho naha, na Mohlomphehi Letona ka Lekala la hae ha a bone ho le bohlokoa hore re ke re fumane mekhoa e meng ea hore re ke re hlahise manyolo ka hare ho naha ka moo, re etse save chelete  eo e leng hore e tsoela kantle? Ka hore e felle ka hare ho naha ka moo hobane menonts’a e etsoe ka hare ho naha ka moo?

Kapo ke etsa alternative haeba re sa sebelise ona oo Morena oa ka Morena oa Thaba a reng ehlile pelaelo ke hore eka ‘na eaba o ama environment?

Letona le bona ekare ka Lefapha lona lena la Lipatlisiso ha ho na letho leo re ka le etsang ho bona hore re hlahisa mononts’a oa rona ka hare ho naha ka moo ho arabela mathata aa a rona le ho qoba bothata boo ba hore ebe ka nako ea ho lema ebe menonts’a ha e eo?

Kea leboha.

HON.SENATOR. PROF. N. MAHAO: Ha ke lebohe Mohlomphehi Vice President le Litho tse Khabane tsa Ntlo, Bahlomphehi Matona.

Ke ne ke ntse ke nyenyeletsoa hore na ha ke lutse pela Mohlomphehi Letona ha ho molemo hore ke mo sunye pampits’ana ea lipotso tsena tsa ka. Ke ne ke le tekong ea ho etsa joalo, joale ka hopola hore Hansard e tlameha hore e etse record litaba tseno, ke ka lebaka lena ke emang Mohlomphehi.

Ke na le lipotso tse seng ngata Mohlomphehi Vice President. Ea pele ke ena. Ka’nete selemo le selemo litaba tsena tsa menonts’a ho kena ka hare ho naha hore lihoai li leme ka nako e se e batla e le bothata. Ho ts’oana hantle le bane ba NMDS, boo ho bonahalang ho sa fumanoe tharollo ea moshoelella ekare re se re tloaetse ho phela with the bubble, we have adopted ourselves to the bubble ‘me ha motho u sheba…ke ntho ena e bitsoang tendering.

Potso eo ke ratang ho e botsa Letona le Khabane ke hore na hantle-hantle ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe eo ‘Muso o ts’oanetseng o e etse  through the tender system, ke mang a neng a re loee ka eona re le naha?

What stops the overnment from filing directly, e tlose the middle man e tle e tsebe hore le ha e etsa litheolelo tsena tseo e li etsang ebe e ile ea etsa save chelete? Ntho li tsamaee ka potlako!

What is exactly the problem? Ke eng eo re e kotulang ka ntho eo ho thoeng ke tendering eo re ts’oanetseng hore ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e hlokang ts’ebeliso ea mokotla oa sechaba e fete through the middle man who must make profit before re tseba hore re fetisetse litlhoko tsena ho Basotho? 

Ea bobeli ka’nete e botsitsoeng ke Mohlomphehi Au, ke mpa ke e hatella feela hobane e le teng ho ‘na mona. 

Naha ee lilemo-lemo tsee kaofela just can’t produce fertilizer?

Nako ena kaofelare tlameha hore re ee naheng e ‘ngoe re etse create mesebetsi teng. Kea utloa Mohlomphehi o bua ka Lekala la Lipatlisiso, but kea tseba hore re na le botsebi bo tebileng ka Sekolong se Seholo sa  Sechaba mane.

Why can’t we use our own researchers in the country hore ba etse tlhahiso ea fertilizers moo?

Ebe bothata ba rona bo hokae Basotho hore ebe nako ena kaofela we are dependant ho naha tse ling ka lintho tseo re ka tsebang hore re itlhahisetse tsona ka hare ho naha ena na?

Ke fetela ho ena ea boea. Ke mametse ka hloko Mohlomphehi Letona haholo ha le bua ka pharela e ntseng e le teng ka boea ba  2019.  Ana ke utloile hantle hore Mohlomphehi Letona o re boea bo ile ba etsoa smuggle out of the country irregularly ho sa ipapisoa le Melao le Melaoana e laolang ho nts’etsa thepa ka ntle ho naha?

Haeba ho joalo, what criminal steps have been taken khahlanong le ketso eno? Haeka ekare joale e ntse e pholloa feela hore ho ile ha etsahala ntho e mona, lichelete tsa khutla tsa itjelloa.

what steps is the state taking haeba ho bile le litlolo tsa molao against the perpetrator?

Secondly, taba ena ea hore monna oa le China o kopa hore a tlatsetsoe forms maybe tse tl’o tla lokisa taba eo a e entseng ka thoko ho molao, why does it have to take 2 years for Government to resolve a pure administrative matter like that? Haeba ke ntho e etsahalang hore ho ka lokisoa hore a tlatsetsoe forms tseno. Why does it take so long na?

Kea leboha, Mohlomphehi.

HON.N.KABI:  Kea leboha, Mohlomphehi, Mohlomong ke qale ka hona ka mona ka qetellong, hore na  ebe ke hobaneng ho nkile ‘Muso lilemo tse peli ho tlatsetsa le-China lena foromo ena.

Le-China lena ha le sa na polokelo Lesotho ha re bua, hobane libanka li mo lelekile, foromo tsena li tlatsoa ke libanka, empa ho bonahetse a sa etsa comply ts’ebelisanong le libanka hoo e seng e le motho ea se nang polokelo.

Ena e ‘ngoe ea Molao Mohlomphehi, ha u ne u ntse u le teng ke ne ke tla u botsa hobane 2 years ena eo u buang ka eona ke eona eo u neng u ntse u tsoka sephali hona mono, empa e tla batla ke tle ke khutle ke il’o e fumana ka botebo hantle ke tle ke tsebe hore ke tle ke e arabe.

Taba e kholo eo u e buang Mohlomphehi ke ena ea li tender. Ka lehlohonolo Ntate Minister of Fnance ke enoa, kee e ke bone eka ena ea li-tender ho fihlella re fetotse Melao le katamelo, ha ho bonolo haholo. Ke taba eane e ileng ea qala nakong eo ho ntseng ho lefuoa Lifato-fato ka li brief case, joale ebe ha motho a beha brief case ka holimo, ha a theoha a fihla bo se bo le sieo eaba Molao o’a fetoloa hore ho se hlole ho ts’oaroa lichelete.

Re fumane li supplier tse peli Afrika Boroa mane tse nang le manyolo, ba bile ba re bonts’a hore ba na le li million tse tharo tsa mekotla ea manyolo e ready, empa ha chelete e le sieo ka hare ho account ba ke ke ba fana ka manyolo.

Ha e qala eba joalo ha ho na tsela eo ‘Muso ho latela Molao o ka lepang hore ha ba patale service e s’o kaba e fanoa.

E re qobella ho tla mane moo Professor Nqosa Mahao Ntate, ka potongoane ea hao u le Mosotho tsa mo re rekela, uena u tla reka ebe re tl’o u lefa ha re bona menonts’a.

Kea kholoa ke eona eo u reng na ntho e re ts’oarelletseng ke eng hore re ka iphumana re fetola lintho tseno tse re ts’oarellang li re etsa makhoba. Re be boemong bo commercial, re ntse re sebetsa ka ho ea ka hore na re tla khaketsoa neng.  Re tl’o tlosa leoto le ba seng ba ntse ba tsoela pele, ba mpa feela ba se na ts’ehetso, Semonkong le libakeng tsohle tseo ho ka lengoang ha re lema litapole, meroho, ha re hlahisa mahe.  Leeto lena la beke e tlang u tl’o le mamelisise hantle ha le phatlalatsoa ho s’o kenoe ka hare ho litaba.

Taba ena e-re, re tla u mema ha u tlile Maseru, re tla mema Morena oa Mokhotlong hona joale oa Sehlooho.  Taba ena ea menonts’a e nang le chefo, kapa e li-chemical, ke taba e teng,  e bileng ka lehlohonolo re fumaneng memo ea Mokhatlo oa Lefats’e oa Lijo oa koana Italy, ‘me ba re ba ntse ba qala leeto la lijo tsa organic naheng ea Egepeta, ‘me ba kopa ho pika Lesotho e le naha ea bobeli eo ba ka tla hlahisang lijo tse joalo, ‘me ha ba cho joalo ha se batho ba buang feela hobane joalokaha re cho, re na le bafani bana ba ntseng ba re thusa ka Farelane le Seiboko, ba re thusa le ka green houses, e le ho hlahisa tsona lijo tsena tseo re reng re etselitse Afrika Boroa mesebetsi e isang ho li-million tseo e ka ‘nang eaba ke 15 ea batho ba sebetsang mapolasing mono, ba re hlahisetsang lijo tseo re ka itlhahisetsang, eba rea phathahana hae mona. 

Ke belaela hore e ka ‘na eaba ntho e seng bonolo, hobane ka lihlohong re kentse hore manyolo ke manyolo ha e le ano a chemical, empa project ena eo ke buang ka eona, eo le eona e tl’o qala joaloka tsena tse seng li ntse li qalile, ke e ‘ngoe e tla bonts’a hore ha re khutlela organic, ebile re tl’o boloka le chelete ea ho ea lipetlele hobane lijo tseo li se na mathata a mangata.

Ha ke hopole hore na hana potso e ‘ngoe ke efe.  Ke belaela hore ke li arabile kaofela, ntle le haeba ho na le eo ke e lebetseng ka phoso.

MR. VICE-PRESIDENT:  Rea leboha, Setho se Khabane. Ke ne ke se ke bile ke re re qetile, Ntate, ‘me ka ha ho na le Professor Rapapa, eba mohau oa hore ke nke round ena ea ho qetela.  E tla ba eena, ebe Morena oa Tajane, ebe Morena oa Mokhotlong, ebe Honourable Lebesa, ebe re qetile, Ntate.

HON. SENATOR PROFESSOR RAPAPA:  Kea leboha, Ntate Vice-President,  ke u hlomphe, Nate, ke hlomphe le Bahlomphehi bohle.  Ke tla ba mokhuts’oanyane.  Ke ne ke re Ntate Letona na ebe ho ile hoa fihla tlhokomelong ea hae hore leha ho behiloe price ena ea fertilizer, ho na le libaka tse ling tseo batho ba rekisang ka holimo ho price eno.  Na ebe ho lumellehile, kapa ke taba ea transport?  Ea bobeli, ho ile hoa ba le molumo mona hore ho na le fertilizer e ileng ea nyamela, e likete li ‘ne.  Na ebe a ka re beha leseling na e fumanehile, kapa ho fumanehile baetsi ba ketso eo?  Ea ho qetela ke hore koana mahaeng moo re phelang, ho batla ho le bolutu haholo, ho na le libaka tseo ho fumanehileng hore fertilizer eno, mono moo e teng ha sechaba se re se il’o reka, kapa se etsa joang, u tlameha ho hlahisa karete hore u tl’o tsebe ho fumana fertilizer e joalo, ha u se na karete ea lipolotiki tse itseng ha u e fumane.  Ke fetele ho ea ho qetela.  Ebe ke ka mabaka afe ao ha ho tsebahala hore temo e tla ba khoeling ea leshome kapa ea borobong, ebe bonyane khoeli kapa likhoeli tse peli pele ho nako ea temo, ebe procurement ea fertilizer e ea etsoa, mohlomong haeba re batla ea hlabula, ebe re qala ho etsa procure ka July, haeba re batla ea mariha, ebe khoelong ea bobeli re qalella ho etsa procure, e tle e re nako eno ha e fihla, ebe ha re na liqholotso tsena tse teng?

Kea leboha.

Mr. VICE-PRESIDENT:  Morena Mohale.

HON. SENATOR M.T. MOHALE Kea leboha, Ntate Motlatsi oa Mookameli, ke lebohe le Letona le Khabane ka litaba tsa hae tsa kajeno.  Lipotso tsa ka li peli.  Ea pele e ipapisitse le litaba tsa ho nyamela hoa manyolo, ‘me ke ne ke kopa Letona le Khabane le ke le re behe leseling ka lintlha tse tharo.  Ntlha ea pele ke ea hore joalokaha a fihla lekaleng, ebe a ka re fa leseli la hore na litaba tsee tsa manyolo li ile tsa nyamela joang?  Litaba tsa manyolo ebe ho ile hoa etsahala joang hore ebe li se ke tsa fihla lekaleng, ‘me re kopa hape-hape hore a re behe leseling hore na taba ea bahlanka ba ileng ba ameha litabeng tsa hore ebe fertilizer ha e ea ka ea fihla matsohong a lihoai, ebe ke bahlanka ba boemo bofe, leha a sa re joetse mabitso?  Ea bobeli ke ea ho  re, Ntate, ho na le mabare-bare a hore Ha Foso moo manyolo aa  a behoang a sechaba, ho na le company e ‘ngoe eseng lekala, e sebetsang ka kotloloho tabeng ea ho aba manyolo.  Na a ka re beha leseling hore na company ee e teng ho abeng manyolo, ebe e ile ea fumana mosebetsi joang?

Kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT:  Morena oa ka oa Liphamola.

HON. SENATOR L. SEEISO:  Kea leboha, Ntate, Motlatsi oa Mookameli, kea leboha, Letona le Khabane.  Kea kholoa lipotso tsa ka li peli, Ntate oa ka.  Ke ne ke botsa hore na-mona ha ho sebetsoa, kea kholoa mokhahlelo oa bobeli o-oa koaloa hona tjena ka la 30, ha kea utloa hantle hore ekare o butsoe neng-neng khoeling ena.  E le hore ha ho fuoa batho nako e khuts’oanyane hakaalo hore ba etse proposals tsa bona, ba tsebe ho etsa apply for SADP ke hobane ho b’o s’o nts’o na le ba tsebang, ba seng ba ntse ba qetile, ba emetse feela hore ho buloe ho koaloe, ba tseba, kapa ka ’nete ho b’o thoe re li qale fats’e, re be re li qete ka nako eo, haholo ha basupisi, bana ba ngolang business plans, re be re joetsoa hore ke batho ba bo-20 seterekeng sa Mokhotlong, joale batho bana ba ke ke ba etsa applyho SADP ba le bangata, ‘me ho thoe ba ts’oare proposals tse tharo ka motho.  Ho bolelang hore ba bangata ba qetella ba  sa khone ho etsa apply.  Taba eo e entsoe ka morero, kapa ‘Muso o mpa o sa elelloe taba eo?

Potso ea bobeli, Mohlomphehi, ke hore ke utloa u bua ka hore bo-January company kea kholoa e tlo etsa fertilizers.  Ke ne ke botsa hore na ‘Muso oona ha oa ikeletsa, kapa ke ee ke bone litaba tsa ‘Muso li sa sebetse hantle ha e le ‘Muso o iketsetsang lintho.  Why lintho tsee li sa etsoe privatise, kapa hoa bolelloa sechaba hore ho na le monyetla o tjena le tjena, joale bo-rali-company, kapa bo-ramalekele ba batlang ho e etsa, ebe b’ahlaha, ba e etsa as a private enterprise, ‘Muso o bolela na o thusa ka mokhoa oo o thusang kateng, but e se ke eaba ntho ea ‘Muso.  I do not think Government should be in the business of buying fertilizer, e tlameha ebe ntho ea company, le taba ena ea temo ehlile e tlameha ho etsoa privatise, che, kapa e hle ebe commercial, e le hore batho bano ba lemang ba ithekele lintho, hobane it is a private enterprise, ‘Muso o thuse moo o thusetsang feela, e se ke ea besale re ntse re emetse hore ‘Muso ke oona o tla etsang eng le eng.  I do not think mosebetsi oa ‘Muso ke ho etsa joalo.

Kea leboha, Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT:  Honourable Lebesa.

HON. SENATOR M. LEBESA:  Kea leboha, Ntate Motlatsi oa Mookameli.  Ke botsa, Mohlomphehi Letona le Khabane, e le Motaung oa haeso hore na ha e le mona ‘Muso oa Lesotho o ile oa nts’a phatlalatso hore o patala lihoai tsa Basotho, e le ho khahlametsa seboko sa nako e telele haholo tabeng ea hore ba ka lefshoa, Mohlomphehi Letona o supile hore ke makhetlo a mabeli mohoebi ea joalo kapa ramatsete ea joalo, eo ke sa tsebang hore na ebe nka ‘mitsa mohlomphehi, hobane ka ’nete o soetsitse sechaba, ts’epo ke e kae, Mohlomphehi Letona, hore motho eo chelete ee ea Basotho eo Mohlomphehi Letona la Lichelete le ileng la e nts’a hore ho pataloe Basotho hore o tla fela a e patale, ha e le mona ho bonahala e le senonnori se hlokang bots’epehi, ka ha Mohlomphehi Letona u’a supa hore motho ea joalo, ha a na le accounts kahar’a naha ka mona.  Le ts’episa Basotho, Mohlomphehi Letona, hore chelete ee ea Basotho e tla khutla kapele bo bokae, kapa facility eo ea motho ea joalo mono Thaba-Bosiu, ‘Muso o tla etsa kapele hakae hore o etse refund lichelete tsa Basotho ka lebaka la motho ea joalo, eo ea baketseng sechaba le naha bofutsna ka sebopeho sa mofuta o joalo?  Mohlomphehi Letona, ha ke qetella, Ntate, taba e joalo e tla re thusa hore taba ea leano lena la ho rekisa boea, e hle ebe rona re le naha re tla kena ka setotsoana tabeng ea hore boea bona re bo rekise hona Thaba-Bosiu mono, li-company li theohe ho tla Lesotho mona, joale re tsebe ho bona hore na chelete e kena ka tsela ea mofuta ofe.

Potso ea ka ea bobeli, Mohlomphehi Letona, ke hore taba ena ea manyolo, Ntate, e re ts’oenya le ho re sotla ka lilemo tse ngata haholo.  Haeso mane Ha Ratjomose, re na le matamo a sewerage ke ano mono, Ntate, ao qetellong ea ‘maqetello a eeng a qetelle a nts’a manyolo ano.  Hobaneng Mohlomphehi Letona a sa ikeletse hore Lefapha la Research ka Sekolong se Seholo sa Sechaba, le ke le ba nts’e, ba ee mono matamong ano a sewerage le l’o bona hore na manyolo ano ha ba se ba a pheta hore re qetelletse re ka hloka tsietsi le tlokotsi ea hore selemo le selemo ha re ts’oanela ho kena kahar’a temo ea mariha kapa ea lehlabula, ebe re le naha re ba tsietsing ea hore re lule re ts’ela Mohokare hoa batla manyolo, feela mekhoa e ntse e le teng ea hore re le naha re ka iketsetsa manyolo?  Manyolo ano a mono, Mohlomphehi Letona , ha u ka a nka u’a lema, hobane kea tseba ehlile u motho ea lemang, u tla bona lekhaba la teng le nama hoo le bang letala, ‘me le poone ea teng e ba tenya hona ho haesale.  Ka ’nete re lekane hore lintho li teng Lesotho mona, re li sebelise molemong oa ho ntlafatsa naha le maphelo   a sechaba sena ho feta hore ebe re ntse re tsoa re il’o sebelisa chelete, e tsoela ka ntle ho naha.

Kea leboha, Ntate Motlatsi oa Mookameli.

MR. VICE-PRESIDENT:  Honourable Minister.

HON. N. KABI:  Kea leboha, Ntate Motlatsi oa Mookameli.  Ke qale ka Mohlomphehi Au ka hore re se ntse re le tlokotsing ea menonts’a, hobane re ile ra fumana supply, ‘me kaha ke se ke le ka ofising, ke ne ke re litaba tsa morao koana, leha ke sa fumana brief ka tsona, nka ‘na ka re re se re entse phoso ea ho lieha ho itlhophela taba eno, ha e le mona ho entsoe tender hamorao, feela joale ha re tl’o lumela hore ha Basotho ba hloka hoea masimong hona joale, re se ntse re le morao, ebe joale batho ba Thaba-Putsoa ba reka menonts’a eo ba reng ba e rekela selemo se tlang.  Re nts’a menonts’a e eang masimong hona joale, selemo se tlang mohlomong ho tla be ho se ho le bonolo hore menonts’a e fumanehe, ebile e ka ‘na eaba ‘Muso o tla be o se o sa kenella hakaalo-kalo, ho latela batho ba ntseng ba ts’episa ho tla qala mosebetsi o joalo.

Ha ke tla mona moo ho thoeng na hobaneng menonts’a e sa etsoe privatise, ‘Muso o tsoe ho eona, ehlile ‘Muso o’a tsoa, haeba ho na le company eo le uena u e tsebang, Mohlomphehi, u ka e mema eaba e ea tla e tlo tla e etsa set-up.  Potso ena e nkhutlisetsa mane qalong moo ke neng ke re litaba tsena re ka iphumana re hlokomela hore ka nako e ‘ngoe ha li hloke le tsona litaba tseno tsa ‘Muso.  Ha ke fihla mona lekaleng ke fumana lethathamo la libaka tseo ho thoeng li hloka likiri, joale ho emetsoe ‘Muso o nts’e chelete, ho ahoe likiri, fela mohoebi ea ikemetseng ha a ka tseba hore na sekiri se etsang ha a reka boea bo rekisoa, hase ntho eo ho lokeloang ebe ho nts’o kolokoa ho emeloa ‘Muso.  Ha ho na moo e fapaneng le eona ena ea manyolo le tse ling tse ngata, tseo ho rona ha taba e nepahetse ke ha e entsoe ke ‘Muso, Morena Khoabane.

E leng hore taba ea ho tla etsa plant ea menonts’a ha e tlo kenoa ke ‘Muso, ho mpa ho na le batho ba ntseng ba mengoa ke rona hore ba tl’o itlhalosa hore na ba hloka eng le eng, ho etsa mosebetsi o joalo.  Ho ba se ba tlile, ho ka ‘na hoa tla ba thata le ho fumana a le mong oa bona, hobane e ka ‘na eaba o na le thahasello kaofela, ka ha ke monyetla oo esale o nts’o lutse, oo le Basotho ba o buletsoeng, mohlomong ba ntse ba ka tla le bona, eaba b’a buleloa monyetla, ra tlosa ena ea hore esale re ts’episoa hore re tla its’etleha ka ‘Muso.

Potso ea bobeli e bile hore na hobaneng SADP e koala kapele, e bula khoeli feela.  Bafani bane bao ke buileng ka bona ke re ba lakatsa le ho tla re lemela lijo tse organic, ka oona mononts’a o tsoang masakeng, ke bona ba behang linako tse joalo, hobane chelete eo ba e akhelang e ngata haholo, ‘me tebello ke hore ha batho ba entse likopo, likopo tseno li fetisoe, joale ba thusoe, ho rekoe thepa. Italy e akhele chelete eno hobane chelete e sebelitse.  Nako ea khoeli mohlomong e ntse e ka ‘na ea eketsoa, haeba ha e na ho beha khatellong ea hore mohlomong ho etsoe likhoeli tse peli le liphatlalatso ba ke ba ntlafatse mokhoa oa ho hoelehetsa, e le hore batho ba tsebe ka eona joalokaha re re ha e ea koalla batho, motho e mong le e mong ea hlokang ho thusoa o buletsoe.

Potso ea ho qetela haeba tse ling ke se ke li thetsetsi ke ea hore na qetellong Lechina lena le tla lefa na?  Ke bone Banka e Kholo ea Lesotho eka e etsa sohle se matleng a eona ho bona hore monna eno o’a lefa, hobane mekhoa eo ba neng ba mo file eona, leha a ile a tlola ho eona, ba ne ba ile ba re, ‘e-e, ntate, e re re fane ka nomoro ea polokelo, mohlomong ea Central Bank, kapa ea banka eo re tla e khetha re le ‘Muso oa Lesotho.  Ha chelete e qeta ho kena, re hule ea Basotho, re siee ea hao’.  Ke ha a tla tlola a re a ka mpa a e tsoma a patale, ea hae e ‘ne e ee ho eena, e leng mona moo a iphileng khoeli ea December hore o tla lefa, ha a se a lefile ke hona joale a tla kopa ho lokolleloa chelete, feela e se ke ea ea polokelong ea mang kapa mang, e tobe ho ea hae.

Ena ea menonts’a ea ka matamong ke na le thahasello, Ntate Mohlomphehi, hobane ha ke tloha Lekaleng la Metsi mona, Honourable Mosenene, ho na le batho ba Malaysia ba neng ba kopa matamo ano, ba neng ba kopa ho hloekisa metsi ano le ho sebelisa tsohle tse kateng, Malaysia e hloka menonts’a eno.  Mohlomong nako e tla fihla le rona eo re tla boetse re utloisisa ho khutlela menonts’ng eno ea rona ea setso, ka kutloisiso e feletseng, hobane mohlomong ena ea Sekhooa e se e sihiloe ke nako ho latela ts’ilafatso ea Leholimo.

Kea leboha, Mohlomphhehi.

MR. VICE-PRESIDENT:  Kea leboha, Honourable Minister.  Motaung o etsa tjena he, ‘me ka ’nete ke lebohile ho utloa hore re tla ba le menonts’e re be be re etse export haufinyane.  U tla bo re Morena oa Sehlooho Ntate Lebesa o ja ka mononts’a oo?

Next item, Mr. Clerk.

ORAL ANSWERS TO QUESTIONS

123. UPDATE ON ALLEGED THEFT OF M50 MILLION FROM THE

MINISTRY OF FINANCE.

Hon. N.L. Bereng asked the Minister of Finance, to make a statement to the House regarding the alleged theft of M50 million from the Ministry of Finance

The statement should include:

  • Legal Resource instituted against suspects;
  • Measures undertaken to avoid similar future occurances.

 HON. T. SOFONEA (MINISTER OF FINANCE):  Kea leboha, Ntate Motlatsi oa Mookameli.  Ntumelle ke behe karabo ka tsela e latelang.  Ho ile hoa fumaneha hore har’a litefo tse ileng tsa etsetsoa bahoebi ba etsang supply ‘Muso oa Lesotho, ho ile hoa ba le tse ling tse ‘maloa tse entsoeng ka bomene-mene, ho lebisoa lipolokelong tsa beng ba tsona, ba neng ba entsoe ka bomene-mene le bona. ‘Me tse ling tsa litefo tseo, li ile tsa atleha ho fihla lipolokelong tseo tsa masholu ao, ha tse ling li ile tsa atleha hore li sitoe ho feta banking.  Chelete e amehileng ke M50 million. 

Lekala la Lichelete le ile la tlaleha litaba tsena ho mafapha ohle a ts’ireletso, ‘me liphuputso li ntse li tsoela pele ka matla.  Ho ile hoa behelloa bahlanka ba haufi le ts’ebetso e joalo ka thoko ho moesbetsi, e le hore lipatlisiso li etsahale ho se ts’itiso ea letho.  Ho fihlela ha joale, ho se ho hlahisitsoe batho ba leshome ka makhotleng a malao malebana le taba ena, ‘me ba robong ba bona ba filoe bail ea M5,000 le ho beha paneng M100,000 motho ka mong.  A le mong ke hona a ntseng a leka ho etsa kopo ea bail, oa ho qetela, e leng eena eo re ka ‘mitsang main suspect.

Ho boetse ho na le lichelete le thepa tse ntseng li bokelloa ho tsoa ho baqusuoa, tseo ho belaelloang li fumanoe ka lebaka la chelete ena e tsoileng ‘Musong ka litsela tsa bolotsana.  Ho fihlela hajoale ho se ho bokelletsoe kakaretso e ka etsang M39,605,000 e haufi haholo le M40,000,000, ka sebopeho se lateng, M35.7 million e ‘ngoe ea eona e khutlile, e ‘ngoe ea eona e entsoe freeze ho accounts mono, ‘me nka re chelete e batlang e ts’oeroe ke eona e ka etsang M35.7 million.  Ha makoloi a neng a se a rekiloe ka pelaelloa ea eona chelete ena, a ts’oeroeng e le M1.5 million.  Thepa ea matlo le lits’a tse neng li se li iphumanetsoe le tsona e etsa M2.5 million, ‘me ke kakaretso eo lithepa tsena li seng li ts’oeroe ha linyeoe li ntse li emetsoe ho tsoela pela.

Kea leboha, Ntate Motlatsi oa Mookameli.

MR. VICE-PRESIDENT:  Rea leboha, Honourable Minister.  Potso e nyanyeletsang, Honourable Bereng.

HON. SENATOR N.L. BERENG:  Kea leboha, Ntate Letona.  Ka ’nete u nkarabetse hantle haholo, leha ke bona eka ekare u e khutletse, Ntate.  Ke bona (b) ea teng ha u’a e thetsa hohang.  Mohlomphehi oa ka, ke kopa u k’o nkarabe (b) ea teng, e na le (a) le (b) ea teng.  Kea leboha.  Kea ikokobetsa, Ntate.

MR. VICE-PRESIDENT:  Honourable Minister.

HON. T. SOFONEA: Kea leboha, Ntate Vice-President. Kea bona hore ebe re atlehile ho ts’oara batho bana ho ile hoa etsa hore ke utloe eka ke arabile.

Har’a litaba tse ling tseo Lekala le seng le li nkile hona joale, ele ho koala mekoti ena kapa eona mehloli ena, ke ea hore re qalelletse ho etsa mekhoa ea ho lefa ka marang-rang, re se ke ra fumana ha litefo li fihla Lekaleng la Lichelete mane, li tsamaea ka har’a marang-rang ana a IFMIS, joale ebe Lekala la haeso ha le fihla mane le etsa print, le etsa hopo e ka tlalang sekoti se sekana, ha u ka fihla Treasury mono, li entsoe print kaofela hoa tsona litefo tsena, ke lipampiri feela.  Joale li na le litokomane tsa tsona tse bonts’ang hore na e ‘ngoe le e ‘ngoe e tsoa Lekaleng lefe, joale ka ha li ntse li tsamaea ka har’a marang-rang a IFMIS, ebe joale lia saenoa le ho tempuoa ka mokhoa o manual, joale ebe li fuoa motho ea li romellang bankeng koana ka koloi kapa ka maoto, joale ke hona banka e il’o li hlahloba, e li lefa.

Re se re hatetse pele, Mohlomphehi ka hore ebe litaba tseo ho tloha Lekaleng la Lichelete mane ho ea Central Bank, ha li sa sebetsoa ka tsela e manual.  Ea bobeli ke ho re le tsona liqubuhali tseno tse seng li ntse li lutse mono, tseo leha e-ba re se re tsamaea ka marang-rang, re na le hopohali eno e seng e entsoe mono, re tlameha hore re etse taba e bitsoang E-filing, joale ena e sebelisoang ke li-insurance le li banka, re e’o li etsa scan, re li kenye ka har’a marang-rang, li faeloe mono.  Ele hore ha ho fihla tefo ea hau re e fumane feela ka ho qhobotsa mochining mono, eseng joaloka hona joale re nkang likharafu re pakolla hore na re e batla hokae mono.

Ke mekhoa e meng ea ho thibela bona bana batho bao ho bonahalang Liofisiri tse sebetsang moo li ne li na le bolokolohi ba ho fuoa authority ea ho saena, e mong a saene, joalo-joalo, ho fihlela li ea bankeng.  Hona joale re se re lokisitse hore litefo tsa boemo bo itseng bo kaholimo, re li khaole ka mekhahlelo hore Ofisiri ea maemo a itseng a holimo, ebe eona feela e saenelang ho tloha ka litefo tse kholo tse itseng, ele hore re behe motho a le mong. 

E leng ho re le tsena tse ling re se re li khanna ka mekhahlelo hobane ho ne ho bonahala Liofisiri tsa boemo bo tlase li kentsoe e le li-signatory le bona ho saenela tsena tse fetelang ho Central Bank.  Mekhahlelo eno e bolela hore motho ha a le joalo, kapa matsoho ha a le mangata, menyetla ea litaba tsena e ne e etsahala, hobane ba bang ba batho ba ts’oeroeng ha ba tsebe le hore na ba saenetse’ng.  Ho na le ba mission, ba teng ka har’a taba, ba bang bona ba isuthumelelitsoe feela motho a sa tsebe hore na hantle o saenetse’ng, athe mong’a mission eena o n’a le teng.

Taba ena ke e ‘ngoe ea lintlha tseo, Mohlomphehi, re seng re hatetse pele ka eona ho bona hore re koala mecha ena kapa kheeahali ena e neng e bulehile moo pampiri ena ea instruction e eang bankeng hore banka e lefe, e seng e le ena e kaholimo feela, e siile qubu ea supporting documents hore na ke supplier e tsoang lekaleng lefe, ele ha ho ne ho etsahala’ng, ho se ho nkoa ena e kaholimo.

Ho ne ho ka etsahala, Mohlomphehi, hore leha monna eno ke mo tseba ke mo neheletse tseleng mona feela, ebe o ea le ea ka le ‘na mono.   

E leng ho re bomene-mene bona bo neng bo etsoa ke motho enoa eo re ‘mitsang main suspect o lula Fickburg mono, o na le ofisi e kholo eo a batlang a etsa produce lipampiri tse batlang li ts’oana le tsa Ofisi ea haeso mane.

Joale ha u sebelelitse ‘Muso, u lokela ho lefshoa M200,000.00, bo-mphato oa hae ba etsang connive  le eena, ba nka the same payment ka linomoro tsa eona, ba e etse edit mona moo ho ngoloang figures and names.  Joale bana ba etsang connive  le eena ba sheba na ke ea nomoro efe, ebe eena o’a e etsa, joale e tl’o fihla e kenngoa ka har’a tse ling, ese e matha ho tsena tse kaholimo, e siile the supporting documents mona, joale e se e hlaha ele M2 million

Bohlasoa bono, Ntate, ke bona boo re ntseng re sebetsa kathata, hobane re se re qalile hona joale, re bile le tulo tse ‘maloa le Central Bank ho bona hore na marang-rang ana a IFMIS le ane a lefang a Finance a hokahanngoa joang.

Liphephetso tse mpang li ntse li le teng, Mohlomphehi, har’a taba ena ha re lokisa – ke khomo-ea-moshate ntho ena, ke ho re joale tjena litefo tsena ha re li tsoibila mane, lia straight to the supplier, joaloka internet banking feela u ntefa, e leba ho ‘na.  Banka ha e sa tseba ho etsa check lipakeng mona. 

Re ntse re sebetsa ka thata ho haha meoloane eo joale re batlang hore senokoane ha se ka kena ho eno hape, se ka re fiela ka letsatsi.  Ke liphephetso kapa meoloane eo ke neng ke rata ho e arolelana le Ntlo ena eo re ntseng re sebetsana le eona le batho ba entseng develop this IFMIS system, ho bona hore na the control measures tsena re ka li matlafatsa joang, feela re bolaea taba ena ea manual intervention moo motho a saenang ka letsoho ebile pampiri e tsamaisoa.

HON. SENATOR PROF. N.L. MAHAO:  Kea leboha, Mohlomphehi.  Kannete re lebohe Letona lena la Motlotlehi.  Khopolong ea ka kea kholoa ke le leng la Matona a fokolang le tsebileng ho qhautsa linokoane tsena tse ikentseng tali ka har’a Mokotla oa Sechaba.  Kea le thoholetsa ke hona.

Potso ea ka ke ho re Central Bank ha lichelete tsa boima bona li feta matsohong a eona, commercial banks tseo lichelete tsena li neng li kena ho li-account tsa tsona, hao tsona e ile eaba ha li sana  le potso feela na?  Kea tseba hore ho private citizen haeba ho account ea hau ho sa tloaeleha le ho kena leha ese ele M10, 000:00, mohlang e kenang ba tla ke ba nke fono ba u botse  ba re: 

“Re bona chelete ke ena e kena ka har’a account ea hau, ebe mohloli oa eona ke ofe?” 

Ho etsahetse joang moo hore ebe lichelete tse boimahali hakana – kea e utloa ena ea lipampiri, feela ke re just that movement, ho etsahetse joang ebe lichelete tse boima hakale li ile tsa tloha ho Accountant General, tsa ea kena Central Bank, tsa ea kena ho commercial banks, ebe ha ho na lipotso tse ileng tsa ba teng hoo li qetelletseng li se li sebelisuoe tse ling tsa tsona na?

Letona le Khabane, na ha u belaele hore hona libankeng tsena – Central Bank and commercial banks e ka ‘na eaba ho na le likhoiti tse ipatileng ka moo, tse sebelisaneng ‘moho le baetsi ba liketso tsee na?

HON. T. SOFONEA:  Kea leboha, Ntate.  Kannete ke leboha potso ena ea Setho se Khabane, empa ele hore kea kholoa ka mokhoa oo taba ena e ileng ea pharalla kateng, ke lebetse ho kena tabeng eno hore ho ntse ho bonahala hore taba ena ke eo re ka e bitsang syndicate – ke ho re ke mocha o reruoeng oa nako e telele, o amang Bohlanka ba haeso Lekaleng, o amang le ba bang ba mafapha a ts’ireletso ba sebetsang ka har’a lipatlisiso tsa bonokoane, ba teng le bona morerong ona.  Lefapha la Bosholu ba Bomene-mene le Boqhobane ba teng ba amehang mono. 

Taba eno ha e felle mono feela, e fetetse le hona Central Bank le libankeng tse kantle le ka har’a naha.  Ke neheletsano ea batho ba tsebanang.  Lebaka la ka ke ho re ho na le Mohlanka oa Ts’ireletso ea sebetsang hona lipatlisisong tseno tsa Fraud, ba ileng ba ts’oara Ofisiri e ‘ngoe ea haeso mono, ba e koalla corneng kae-kae, ba e batla e ‘ngoe ea lichelete tsona tsena tse nyametseng hore na e tsoa neng chelete eno mono!  Ho bonahala hore e ne e se e ntse e lelekisoa, e tsejoa.  Joale le eena e ka ‘na eaba kaha joale o ne a se a fuoe letho a ts’aba ho bolela hore o se a tsoa kae-kae a tsoa khangoa ke Mapolesa, eaba h’a bolele.  Litaba tsena li se li hlahella ha ho se ho ntse ho ts’oaroa batho tjena hore ho na le motho monna ea kileng a ts’oaroa a ba a khangoa a batloa eona chelete ena.

Taba eo e ile ea etsa hore e re thuse hore ka ho etsa identify monna eo, eba o sitiloe ho ba teng ka har’a lipatlisiso tsena, ke mokhoa ona re atlehileng ho ts’oara main suspect hobane o ne a il’o mo thusa ho mo balehisa, hobane ha e boela ka mane e se e na le mong’a eona ea il’o batla nyeoe, a tsebang hore a behelle pelenyana.  Joale bomali-mabe bona bo ileng ba hlahela monna eno bo ile ba etsa hore a sitoe ho tla nka nyeoe ena ka mono, e fumane ba bang.  Ke lona lebaka le lehlohonolo leo re ileng ra le fumana.

Leha ho le joalo, ho ea potsong ea Setho se Khabane ka kotloloho, litefo tsena tsa li-supplier tsa bo-M2 million, M1.5 million, tsena tse neng li ntse li kena li-accounteng tsa bahoebi ba bang Lesotho mona, ha ho bonahale ho latela hore nature ea li-supplier tse teng e ile ea oela ho category eo re ka reng ho ile hoa botsoa. 

Ho na le ngaka e ‘ngoe e sebetsang Baylor mane eo eona e ileng ea botsoa, eaba o re o entse supply PPE ea Covid-19 kae-kae.  Ke ngaka mono Baylor, le eena e kene chelete ho account ea hae. E ‘ngoe ke ho re eona ena ea M30 million ena eo e ileng ea ba hore banka ea South Africa ea FNB e botsa Central Bank eona – hore na ke nnete motho ea tjena o sebelelitse ‘Muso oa Lesotho ka amount e kaalo.  Eaba Central Bank e khutlela morao, ea fumana re se re ntse re etsa senannapo, re se re entse identify tse ling.  Eaba chelete eo e-ea emisoa.

Ho bonahala hore kaha ke syndicate taba ena, libanka tse neng li se li ntse li buisane joalo, chelete e ‘ngoe hona cheleteng eo e ile ea qalella hona mono South Africa accounteng eno hore e thuuoe e kenngoe li-accounteng tse ling, e balehisoe, hobane joale ho ne ho se ho ntse ho na le ea e emetseng hona mono.

E sa le tsona litaba tseo re leng ka har’a tsona hore ka Melao ea Libanka joaleka Reserve Bank ka mane le Central Bank ka mona, na ha ho se ho entsoe identify taba, ho tlile joang hore li-process tsa hore chelete eno e nne e khepholoe ho se ho utloahetse hore ke ea bosholu, ho etsahetse joang bankeng eno?

E se ele melao ea libanka hore na joale banka eane e tla lefa na, haeba Bohlanka ba eona bo tsoetse pele ho balehisa chelete e se e bile e entsoe identify hore e na le litaba, feela e etsahetse taba eno, hobane joale ho ne ho se ho ntse ho na le ba e emetseng hona ka mono.  Taba ena ke ne ke araba Setho se Khabane Ntate Nqosa Mahao hore, e-e, kannete ehlile ho ile hoa ba le karolo ena e kholo, e toma e ileng ea botsoa.

Taba e ‘ngoe ke e hlakise, Bahlomphehi, ke ho re ka Lefapha la haeso la Financial Intelligence Unit (FIU), ba ile ba kena ho marang-rang mona, eaba joale ba tlohella ena e ka har’a naha ho bona hore na matsoho ao e eang ho ‘ona ke afe. 

Ke eona ntlha e ileng ea re thusa haholo, hobane eitse ha ho se ho etsoa freeze eane e ka mane, monna eno eo e leng eena ea sebelisang sehlopha sena se ka Lesotho, a lulang Fickburg ea ntseng a le litlamong, o ile a kopa hore a fuoe e ‘ngoe ea neng a se a e tsoibiletse ka lesotho ka mona, eaba joale ha a il’o e nts’a mane Boliba, ba e bona bana ba IFU hore ke eane e oela mane.  Ka ts’ebelisano-‘moho le Boliba eaba re tseba ho ts’oara motho enoa, ea ileng a hlalosa hore o e isetsa mang-mang koana.

Monna eno oa habo rona o ile a its’elela ka bohlale ba bofoputsi hore a e’o nka chelete eo ea hae eo a neng a file ‘m’e ka mona, a ithoalletse lieta tsa li-push-in kannete, kaha ke motho ea seng a bile a na le ID ea mane, ea ntseng a ameha ho M17 million e ‘ngoe kapa ke ea WASCO, eaba o’a its’elela, a re thusa, a fuputsa litaba tsena tseo ho ntseng ho thoe ho chenchanoa ka eng le eng, ho ts’oaroa motho ka nq’ane, eaba o’a itlisa, kannete ra mo ts’oara.  Ke eena eo hona tjena re fufuletsoeng hobane o loanela bail, ha re tsebe leha e-ba makhotla a tla mo lokolla.

124.         FAILURE TO PAY RECENTLY RETIRED PUBLIC SERVANTS

Hon. Senator N.L. Bereng on behalf of Hon. Senator M. Sebatana asked the Minister of Finance whether he is aware that recently retired public servants have not been paid their gratuities whilst some have not been paid the monthly pensions; and if so, how soon will the Government fast tract payment of the retired public servants so as not to make their lives miserable.

HON. T. SOFONEA: Kea leboha, Mohlomphehi.  Karabo ea Potso ena e ka tsela e latelang:

Taba ea tefo ea litsiane tsa Bahlanka ba Sechaba ba sa tsoa ea phomolong le ba ntseng ba ea phomolong e leng gratuities, ke taba eo Lekala la haeso le e nketseng holimo haholo ho bona hore Bohlanka bo joalo ba Sechaba boa lefshoa.

Ho na le boitokiso le boitlhopho boo re keneng ho bona ho bona hore re lokisa taba ena.  Ea pele – ke taba e sa le e tsebahala feela eo ho bonahalang makala a sa e latele, ea hore likhoeli tse ts’eletseng pele motho a ea phomolong, a qalelle ho kenya kopo ea hae le ho tsaimaisa li-file tsa hae joale methating eo file e joalo e tlamehang hore e tsamaea ele hore nako ea hae ea ho ea phomolong e tle e fihle litaba tsena li se li sebelitsoe boholo.

E ‘ngoe ea litlhopho tseo re keneng ho tsona hona joale – Lefapha la haeso la Pension le ntse le ts’oara lithupelo le Lefapha lena la Pension Fund moo Bohlanka bo huleloang teng ho netefatsa hore mahlakore ana a mabeli a na le kutloisiso e ts’oanang, haholo-holo tabeng ena ea methati eo li-file tsa Mohlanka ha a ea hae li e tsamaeang.

Ho na le moepa o motelele oo ba ikabellang litabeng tseo ba o hloang ka lesisitheho le leholo, ona oa ho tsamaisa file ea motho hore e hlahlojoe methati eohle.  Ehlile lia robaletsa li-file libakeng tse joalo.  Taba eno ke eona eo re e akofetseng, eo joale re e elelletsoeng hore leha e-ba qetellong re tla bua ka bothata bo mona Finance moo ho lefshoang, feela mane moo li tlang li ntse li thatika teng, ke e ‘ngoe ea litiehiso tse bonahalang li nka nako e telele haholo mono.

Hona joale Lefapha la haeso la Pension Fund le entse litokiso tsa hore ho be le – nka e bitsa mekhahlelo, categories kapa mokhoa oa ho etsa record litaba tsena tsa li-pension ka li-group hobane joale litefo tsena hore na e ne e le ea motho ea fepileng, ea hirisitseng koloi, ea motho a eang pensioneng, ha li hlaha makaleng mane kaofela li itobela ho Desk Officer oa lekala le joalo mane Finance.  Joale e fihla e ba qubu feela mono eane eo ke itseng re ne re bonahala joale rona ha e fihla e tla e tsamaea ka har’a system, re e etsa print, joale re haha qubu e kana ea lipampiri eo joale re tla nka kharafu ho tsoma ea hau mono, ha u nketselitse molaetsa hore ke shebe ea hau, ke le Letona.

Taba ena ke eona eo re fumaneng hore re tlameha ho etsa record litaba tsena ka li-group tseno tsa mefuta ea litefo le ka ho ea ka hore na li fihlile neng. Taba ke ho re ea se nang motho ea mo tsebang mono, ho ne ho bonahala hore eena o bina rashoelella, ho tla nne ho fete feela tsena tseo ho nang le batho ba ba tsebang mono.

Ke bonts’e, Ntate, hore ha esale ho qalile taba eo ea hore li tsoa ka tsela eo li keneng ka eona, re elelletsoe matsatsing ana re se re na le batho ba re etsetsang toi-toi Finance, ha ke re kea tsoa mono ke fumana batho ba tletse kantle ba bolela hore ha b’a lefuoe.

Ke ile ka ela hloko kapele hore e ne e le bane ba tloaetseng ho tsoa ka lekhalo le itseng, joale ke koetse lesoba leno.  Ha esale toi-toi eno batho ba kolotoa lilemo mono, ba ntse ba sa e etse, kaha bana ha esale bona ba fumana, ha ho na toi-toi eo nkile ka e etsetsoa hore re lefe batho mono. 

Hona joale taba ena e nkelelloisa hore – hore ebe re koetse mohloli ono, joale bohle re tsoa ka tsela e ts’oanang, ka mokhoa o lekanang.  E leng ho re ka hare ho nako ea khoeli, re etsa bonnete hore ho group e ‘ngoe le ‘ngoe re lefa batho.  Ke likoloi, ke meputso, li-pension, joalo-joalo, e mong le e mong ho group eno rea e lefa, feela ho ea ka hore na maemo ao re nang le ‘ona a chelete ka nako eno ke afe.

Kea kholoa ke eona karolo ea bobeli eo nka e bolelang, Mohlomphehi, hore ehlile le tse seng li fihlile joale mane Treasury – nka hla ka re ke qale ka ho re boitlhopho bona re bo lokisetse mane Pension Fund pele moo ha li-file li qeta ho potoloha joale e leng eona e fanang ka tefo ea Mohlanka ea amehang.  Re ile ra ba thusa hore joale re etse identify methati eo li-file li atisang ho e nka le hore na le bona ele Pension Fund ba li recorde joang, joale li fetisetsoe Lekaleng la haeso hore ebe final gate moo ho il’o lefshoa teng.

Hona mona re ntse re na le phephetso ea hore sekhahla seo re lefang ka sona ha se se tloaelehileng ho latela khaello ea lekeno la chelete.  Mokhoa oo expenditure lintho li fihlang ka oona li imetse lekeno la chelete  hoo ka nako e ‘ngoe re tlamehang ho etsa khefu hanyenyane re ke re bokelle. 

Taba eo ke e ‘ngoe e kenyang letsoho hape tabeng eona eno ea litefo tsa Bahlanka.  Re lumela hantle hore ha re entse unlock kapa re sibollotse mane methating e qalang, re tla tseba hore re thuse ka hore boima bo mpe bo sale gating ena ea ho qetela, tsohle li fihlile mono, joale re tsebe ho lefa, re tla laoloa ke taba ena eo re e bitsang liquidity problem ea hore joale re na le khaello ea cash ka Mokotleng o Moholo.

Ke tsona litaba tseo, Bahlomphehi, re le Lefapha la Pensions re ntseng re sebetsana le tsona ho lokisa litaba tsena.  Kea leboha.

HON. SENATOR T.M. MOHALE:  Kea leboha, Ntate.  Re leboha Letona le Khabane ka tlhakisetso ena ea lona.  Morao-rao tjena re ba le liqholotso tsa hore batho bao esaleng ba fumana pension, litsiane tsa bona li emisitsoe.  Har’a bona ke bo-rametse ba meetlo bao esaleng ba lefshoa lilemo tse ngata.

Ke ne ke botsa Letona le Khabane hore na ho tlile tlhokomelong ea Letona hore ha ba ntse ba hloekisa litaba tsena tsa litsiane ho se ho na le batho bao esaleng ba lefshoa bao ho thoeng ka boemo ba bona ele bo-rametse ba meetlo ha ba na tokelo ea ho lefshoa habeli na?

HON. SENATOR N.L. BERENG:  Kea leboha, Ntate.  Ke rata ho botsa Letona le Khabane hore na ekaba khefu-khekhenene ena ba e etsa ka nako e kae – ka likhoeli tse peli kapa likhoeli tse tharo na, kapa ba ea feela ka hore na chelete e teng ka Mokotleng neng?

Ke rialo, Mohlomphehi, hobane ehlile taba ena ea batho ba eang phomolong ke bothata ruri.  Kea kholoa re bile  le lefu le Senateng mona la ‘m’e ea neng a fiela eo ho neng ho thoe ke ‘M’e ‘Masefate Matete ea ileng a ba ea ea lebitleng a e-s’o lefshoe lichelete tsa hae.

Hoa tsebahala hore motho ha a se a le lilemo li mashome a ts’eletseng ho ea holimo bophelo ba hae bo se bo ts’ehetsoa ka lipilisi, joale what more ha a se na le ntho eo a ka tsebang hore a robale a e jele na?

Mohlomphehi, ke kopa ho botsa hore na ebe Letona le Khabane le ka re hlalosetsa hore na ebe motho ea ileng phomolong ka 2018/2019 ho thoe file ea hae e se e le Pensions e se e fetile methati eohle ea li-quiry tseo e bang e ne e ka ba le tsona, ebe le hona joale ka 2021 batho bao ba mofuta o joale ha ba e-s’o lefshoe litsiane tsa bona na?  HON. SENATOR PROF. N. MAHAO: Kea lebohe hape, Mohlomphehi Vice-President.

Ka ‘nete potsonyana ea ka e tsoaloa ke litlhalosetso tseo Mohlomphehi Letona a ntseng a fana ka tsona. Ke utloa moo a reng lipatala li ee li etsoe haeba ho  na le letho ka mokotleng (liquidity) joale motho u se u ipotsa hore na haeba ke hopola hantle li-pension li hauoa lipart ka contribution ea motho, ‘me haeba motho o ne e ntse a khaoleloa moputsong oa hae ho kenya ka mokotleng, joale e re ha e re ha a tšoanetse hore a fumane seo a se funamang e be ho tla buua ka taba ea hore na Mokotleng oa sechaba ho na le chelete…

MR. VICE-PRESIDENT: Ntšoarele Professor. Morena Khoabane, Order!

Tsoela-pele Ntate.

HON. SENATOR PROF. N. MAHAO: Kea leboha, Ntate. Ke re ho bolelang  hore chelete eo motho a neng a ntse a e ntša pokothong ea hae hobane ha e tsoa moputsong oa hae e hlile e tsoa pokothong, ho bolelang hore it has not been secured. Ke ntho ea pele.

Ea bobeli e nts-e e le hore na eona pension ka bo eona e le letsete, na letsete lee le secured hore mong’a lona a tle a le fumane haele mona joale e se e tla re, joale ha a tšoanetse hore a fumane ling tsa hae e be e se e etsa depend on the liquidity of the Government na?

Kea leboha, Ntate.

HON. SENEATOR S. K. MASUPHA: Mohlomphehi Motlatsi oa Madam President, potso ena eo ke e etsang, ka lebaka la hore ka ‘nete ke ile ka ea ka ntle ka mabaka a thata (laughter…) ke kopa haeba e se e botsitsoe u tl’o nthibe hang-hang.

Ho na le taba mona ea Bahlanka bane ba mane Treasury, e leng Lefaphehng la li-Pension. Re na le Marena, ‘me Marena ana ke batšoareli ha se Marena ke Batšoareli. Batho bana ba fumane lichelete tsa bona tsa boqheku li se li koetsoe ho thoe ke hobane ba ntse ba fumana lichelete tsa Borena…

MR. VICE-PRESIDENT: E-e! Morena oa ka, kea leboha Ntate. Ke utloa e ka e tšoana le ea Morena oa Tajane Ntate. Re lebohile Morena oa Lioli.

HON. MINISTER T. SOFONEA: Kea leboha, Ntate Vice-President, ke mpe ke qale pele ka hore ke kene hona potsong eo ea Morena oa Tajane, ‘me e le ho fumana hore na ho na le batho ba neng ba ntse ba fumana litsiane tsa Borena, ba boetse hape ba fuoa litsieane tsona tsena tsa Maqheku. E leng hore ba ne ba khola habeli, ‘me taba ena e re; e le Morena kapa e le Mohlanka oa ‘Muso, ha a na tokelo ea hore a khole habeli.

Taba ea bobeli ho ea ka Molao ona, e re motho ea kholang chelete e ka tlase ho eno haeba mokholo oa motho eno oa morena e be e-e, ka tlase ho ena ea Maqheku, a ka tsoela-pele hore a ka fumane chelete tseno empa haeba meputso oa hae e feta ena ea Maqheku, haa na tokelo ea ho amohela ena ea Maqheku.

Re tla utloisisa hore mokhoa oo chelete ena ea Maqheku, eo ho fanoang ka eona, e fapane le pension eo motho a e fumanang ha a ile a sebetsa. It’s a social responsibility eo naha e nkang boikarabello ho thusa motsofe oa eona, e le hobane a ile a sebetsa feela Lekaleng le itseng, ‘me ho ba thata hore eona eno eo a e fumanang hobane a sa ka a sebetsa Lekaleng le itseng, a ipokelletsa eona, a e fuoe, a ba boele a fumane e ‘ngoe ea ha sebetsa kahar’a ‘Muso.

Taba eo e ile ea bonahala ena le liphephetso tseo, Mohlomphehi, k -e ntseng ke kene ho tsona ke sa tsebe hore na ke e bitsa li-Reform, tseo e leng liphetoho tseo re ntseng re simolla taba eno, eo ho bonahalang e ka e ka ‘na ea tla llisa batho ba bang hobane joale ha re imeloa ke lekeno, re elelloa le lintho tseo re neng re sa li elelloe ke boima bona boo re bo tšoereng, ‘me taba eo ke ka hona boholo ba Matichere a khale le Marena, ba neng ba ntse ba khola lichelete tsena habeli. Ba ne ba khola chelete ena ea Borena, ba boetse ba khola le ena ea Boqheku.

Lekala le ile la nka qeto ea hore re bale e ‘ngoe ea itaba tseno, ho latela nature kapa mokhoa oo chelete eno, e pataloang ka oona hore e fapane le chelete eo motho a e kholang hobane a ne a le mosebetsing, ‘me re ne re leka hore ho tloha ho tax ea ‘Muso, motho a tsoe ka mocha o le mong ho latela nature ea pension eno.

Kea kholoa ke lona lebaka leo li ileng tsa emisoa, Ntate, empa ke bontšitse ho ea ka Molao oa hore ba kholang e ka tlase, ho eo joalo ka Masole ane a khale, haa feela e le ka tlase ho M800, ba ntse ba li fumana, Ntate.

Ke boele ke kene ho ea Mofumahali oa Phamong moo a bontšitseng hore na khefu-khekhenene ena, ea hore re bokelle re e etsa nako e kae. Ka ‘nete re e etsa ka nako e ‘nyane haholo hobane re bokella letsatsi le letsatsi mane feela joale mothamo oa ho patala, rea o lekanya ha re re ee – ehlile o na le ho theoha haholo feela ha se khefu-khekhenne eo re e etsang nako e telele empa ntho eo re ka e hlalosang kea kholoa ke hore ho bonahetse, Mohlomphehi, hore Makaleng mona Finance e fetotse setšireletso seo batho ba balehelang kamor’a sona. Ha ho na le bopaki boo batho ba bo fuoang mane, ha Lekala le re feela lintho li Finance, e fella e le polelo eno e joalo feela e be joale motho ha a tloha mono o hlasela Finance ho se na le bopaki ba hore na ehlile o joetsitsoe ‘nete kapa ha se ‘nete.

Taba ena ke e tšoantša le mona moo motho a etsang supply ho Lekala, a se na order hobane fund kapa …..laughter

MR. VICE-PRESIDENT: Morena Khoabane, Order!

HON. MINISTER T. SOFONEA: Taba ena e tšoana leha motho a bitsuoe ka phone feela hore re phuthehile mona, tloho u tl’o re fa lijo joale ho se na order joale e be ha ho na li-fund tsa nako eno ea hore motho eno a mo fe lijo.  A ke ke a mo etsetsa order, ‘me taba eno Mohlanka o e beha tlas’a tafole mona.

Ha u fihla mono o re e Finance. Motho ha a batle bopaki oa tseba le eena, o entse ntho eo ho thoeng ke misprocument, ha a tloha o ile ho fola Finance a re, ‘ke tl’o batla patala ea ka mona’, e leng ho re Makala a entse Finance moo a ipatang teng, ka liphoso tsa ‘ona, ‘me re tlameha ho elelloa taba eno hore:

1. Ha u se na order, se ke oa itšoenya ho ea Finance hobane ha ho na patala ea hau e kabang ea ea Finance.

2. Re tšoanetse hore ho fuoa Voucher Number ea hau, haeba u ne u na le order eo, re tla tseba ho u etsa trace ka eona Finance e re ha ke re, mphe Voucher Number ea hau, u re ke bokana, e itseng joale ke tsebe ho botsa hore na e kae ka moo ka Finance, ke tsebe hore e fihlile mono.

Taba ena eo batho ba itširelletsang ho tloha ka 2018/19, mohlanka oa HR a re ha ho na koloi ea hore a tšele tsela a ee Manpower, a il’o batlisisa moo mohlanka enoa a eang pencheleng, – file ea hae e ea Manpower a il’o shebjoa hore na ha aa ka ba kolota likolong, motho oa HR oa Lekala le joalo, o nka libeke tse peli kapa tse tharo a sitoa ho tšela a re ha ho na koloi e mo isang Manpower joale e ntse e sutsa Lekaleng, feela ba re e Finance e leng lintho tseo, Mohlomphehi, ke reng re tšoanetse ho batla mapaki ana ao Finance e leng eona sefate seo re ipatang ho sona, leha e se ‘nete empa ha ke batle ho pata hore le rona joalo ka ha ke boletse, ho na le hore ehlile ha re imetsoe re ingoaha lihlooho mane, feela tsela e ‘ngoe re se re jara molato oo e seng oa rona.

Ke kene ho ea Professor mona moo a reng na ha …. Ok, ke se ke ka ema leha a tsoile? (Laughter…).

MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Minister, Order! Araba Lipotso.

Laughter

HON. MINISTER T. SOFONEA: Kea leboha Mohlomphehi.

 E re, motho a ntse a huleloa chelete, a ikhahela letsete lena ebile  le bona moo a tsetetseng hore re na le li-mall ke tseno, re na le libaka moo Pension Fund e sebelisang le ho sireletsa matsete ana a rona, hore a re phelele nako e telele. Joale potso ke hore na ha motho a se a ea hae, o sokolisoa ke eng ha a intšelitse helete ea hae, eo a ipokellelitseng eona?

Taba ea bohlokoa ke hore karolo ea chelete ena, ho na le ea hae, ho na le eo mohiri a e ntšang joale ho haha letsete la motho enoa, ke ka hona ha motho enoa a ka tsamaea pele ho lipallo kapa nako eo a tšoanetseng ho fumana pension, a iphelloang eane ea hae feela, haeba a ne a e-s’o etse qualify li-pension empa haeba a ne a se a entse qualify li-pension ke mane moo ho etsoang li-calculation, joale ‘Muso o kena hore na rona holim’a chelete ena ea mohlanka enoa, contribution ea rona re le ‘Muso na ke bokae, joale e be ‘Muso ke hona moo o keneng, e be  o nts’a karolo ea oona, ho kenyelletsa holim’a ena ea mohlanka joale a nt’o pataloa chelete tsa hae ho hlaha ka lehlakoreng lena la Pension Fund, le lena la ‘Muso.

Ke ka hona ha re etsa li-Reform kapa ho lokisa.

HON.SENATOR K. DIHOLO: Motlatsi oa Mookameli, ke ne ke kopa hore ke etse potso ho Mohlomphehi Letona mona (ke ne nka ‘na ka mo sebela, empa hee, molemong oa Hansard le ‘na le ntate Professor mane, ke hore, hela, litaba tsena li tlameha li hlahelle ho Hansard)…

Potso ea ka ke hore na Mohlomphehi ha a nahane hore this failure to pay recently retired public servants e ipakeloa feela ke taba ea hore morao tjee Pensions Fundha e sa etsa release statements tse ntseng li bonts’a na bahlanka ba ntse ba etsa progress joang  ka litaba tsa bona, joale ka ha Molao o re bonyane every six months ho tlameha ho etsoe release statements tsa the Fund ho bahlanka na?

HON.SENATOR T. SOFONEA: Kea leboha, ntate Vice President.

Ke kopa hore ke qale ho ena ea Honourable Hloaele moo a neng a bonts’a hore ho na le ‘me’ ea qualified, ebe ha morao molekane oa hae o ba qualified. Joale ke ne ke nahanne hore u mpha leshoabe, ntate, pele.

Ho bonahala le mehleng ea khale batho ba ne ba ntse ba nyala batho ba baholo ho bona, empa hee leha ho le joalo, Mohlomphehi, taba ena ea ho ‘me’ a qualified eba joale u tla b’u etse ho qualifier ‘me’ ha e eo taba e joalo, ke phoso e kholo haeba ho na le taba e joalo.

Taba e mpang e ne e etsahala ka nako ena ea Covid 19 moo re neng re thusa batho bana ba below 70, ba le ka holimo ho 60, re ne re re re khahlametsa lelapa, eseng individual.

 E leng hore ha ho ne ho na le ‘me’ le ntate ba oelang lilemong tseo, re ne re fa a le mong, hobane re ne re khahlametsa lelapa ka nako eno ea Covid19. Lilemo tsa bona li oela moo li le peli ba le babeli. Re ne re fa a le mong, ke hona moo nka reng batho ba neng ba etsa qualify ho 60 moo hee ba ne ba sa fumane ba le babeli,  empa ba 70 ba ne ba sa kena kahar’a relief ena, hobane already batho ba 70 years ho ea holimo ba se ba ntse ba khola khoeli le khoeli. Re ne mpa re imolla bana ba sa kholeng. Ka lebaka leo, ha ho na lebaka la hore batho kahar’a lelapa ba ka etsa suffer ka lebaka la lilemo tsa bona hafeela li le ka holim’a 70 ka’nete ba koloka kaha ba na le tokelo ea ho fuoa chelete e joalo! Moo e ke keng ea etsahala ke phoso e kholo.

Ke fetele mona moo Mohlomphehi a buang ka arrears tsa matichere. Hey, taba ena, Mohlomphehi oa ka, re leka ho etsa automate , re leka ho e otlolla. Ha ke s’o bone boima bo joalo ka lebaka la khiro ea matichere e telele e tlohang mane sekolong! Board ea sekolo e tla lula e khethe, hofetoe ho uoe  kae-kae Commission, joale le eona e lule e khethe, e ee kae kae ka lethathamo leo kaofela. Re fumane phephetso ea hore hee files tsa matichere lia lahleha, ke ‘too many players’ Mohlomphehi oa ka, ha re sebelisa mantsoe ano.

Joale taba eno ea chain e bakile bothata bo boholo education mane; matichere a mangata a nts’a phela, ha e mong a ka rata ho bona file ea hae feela moo ke bothata ho etsa joalo. A nts’a ruta feela ha a ka ea mono ha a e fumane.

So, that manual interrelation e etsahetseng nako e telele le methati e mengata eo ea ho tloha Liboteng tsa motseng mane ho tsamaea methati e metelele, e entse ts’ukuliso e kholo.  Qetellong e il’o fihla e ama nako eo tichere ena e eang pencheleng. Ho il’o nka nako e telele feela ka hare ho Lekala hore taba ea file ea tichere e joalo e fumanoe, e isoe Finance.

E leng hore re elelletsoe ha re kena ka hare ho taba ena, Mohlomphehi, joale re sebetsa ntho eo ho thoeng ke backlog re li fata mane Finance,re checha hore na ehlile bothata bona bo bakoa ke rona re le Finance.  Joale haeba ke rona, na ke rona feela joale re tsebehore re lemose Makala hore le ‘ona a bonahala a s’a ikemetse, ‘me Lekala la Thuto ntle le hore le etse automate le etse e-filing, mesebetsi e kenngoe ka hare ho marang-rang,taba ea files tsa matichere e tla lula e le bothata ba nako e telele moo feela tichere hofuoa increament ea hae kapa allowance –  ho fumana file ea hae ke bothata bo ts’abehang mono ka lebaka la manual intervention eno e joalo. 

Ke eona, hee, Mohlomphehi, eo qetellong qubuhali eo e sitoang ho fetela Finance e lula e ntse e rehelloa ka hore e ile Finance, empa e ntse e le mane Lekaleng la Thuto.Taba eo re e elelletsoe, Mohlomphehi, ha re ne ntse re etsa report re hlahloba hore ho tlameha ho etsoe mokhoa o hlakileng.

U paki, Mohlomphehi, hore mohlanka ha a tloha o kena Public Service; ha a tloha kahar’a service, u paki hore na mane botichereng k’hiro tsa hae li ngatake ntho tse ngata hampe!. U ka tloha ua batloa lengolo la mohla board e neng e u hira 1960 koana –  mohlomong ha lea behoa le  ke uena u le tichere. Hothoe file ea hao e shota ka lona –  u s’o sa tsebe hore na u tla le nka hokae!

Eleng ho re, Mohlomphehi, arreas tse ngata tsa matichere li bakiloe ke methati e mengata eno eo joale stage se seng le se seng ha tichere e sa fuoe copy, qetellong ke eona taba eo e holisitseng arreas tsa matichere tseo nka eletsang matichere a ntseng a sebetsa ho ema ka maoto a nts’a phela, a sebetsa, a es’o utloe lebatama le ho bona hore ba loanela hore ba bone files tsa bona ba li bona ka mahlo, ebile li  na le tsohle tse hlokoang.

Ha se hangata batho re tsotellang litaba tseo ha re ntse re phela hantle. Li ts’oana leha motho a hlokahetse; ke hona u il’o utloa mohla u seng u na le mofu.

Litaba tseo ke tsona, Mohlomphehi, tseo arrears nka reng hee li tso’aela ka litaba tseo.

Ke kene ho Mohlomphehi Hlaele moo a neng a botsetsa Mofumahali oa Phamong –  le hoja eena ke bone a ntsa tsamaea a khotsofetse ke likarabo tsa ka.

Potso ena ke se ke e nka hoba ke ea Phamong. E re na ke hoban’eng bahlanka ba nka nako e telele pele ba fumana litsiane tsa bona tsa pension?

Ke arabile ka mekhahlelo e ‘meli ,Mohlomphehi. Oa pele, ke itse ke bothata bo bakoang ke makala ao ba sebetsang ho ‘ona. Oa bobeli, ke itse ke likhato tseo mohlanka pele a ea pencheleng a se nang thahasello ea ho li nka 6 months pele a ea hae, a bone hore ho etsoa process file ea hae eena a nts’a le teng, a e sale morao a ntsa khona a es’o be tlokotsing.

Ha re e etse bahlanka taba eo;re emela mohla re seng re le hae. Ebile ba bang o ntsa s’o batle le hore ba bone hore o sa tl’o ea hae, hobane a nts’a le tseleng ea ho tsamaea, ee,ha a batle ho ea hae! E mong o nts’a batla hore mohlomong ebe a ka ekeletsoa, joale ha a etse lephehlu-phehlu la ho latella file ea hae na e sebetsa joang. 

Ke itse, Mohlomphehi, ha ke batle le ho hana hore le leng la mabaka ke lane leo re itseng methati eo u  nts’u e latetse joalo, li na le ho sisintha le ‘na gating eane ea ho qetela Lekaleng la Lichelete –  ha ke batle hore ke e hane le eona eo, leha litaba tsena li le processing eane eo ke itseng ho bonahetse chain eane e neng e le teng kapa hore there are too many players!

 Mane moo ho pataloang mona moo ho qeteletsoeng ho utsuoa M50 million, ho ne ho se ho na le boroso-roso kapa tloaelo. Ha ke tsebe na nka e bitsang moo supplier kapa whoever ea ts’oanetseng ho patala u ne u tla fumana a eme gating moo kapa a eme hona ka moo,  le eena a kene a pokothetse a na le motho oa hae ka moo a tl’o lelekisa ntho ea hae.Ho fapakane, ba bang ba ichebela.

Joale u ipotsa hore na, banna! Ebe ha se bona ba qetellang ba utsoa tsa rona bona baa ba kenang ka moo!

Taba eo ea hore feela motho e mong le e mong o ts’oanetse ho patala, o ne a na le access ea ho kena ka moo ke phoso e ts’abehang.  Taba eo, Mohlomphehi, e ne e etsa hore batho bang leha ba ntse ba le laeneng ba tlohe ka lebaka la hore joale ha bana ba ba tsebang ka moo. E leng hore le eona e bile taba ha ke na ho hanyetsa.

Taba ea ho qetela ea Mohlomphehi Diholo ke ea hore na tabeng ena ho tiisoa hore Fund ka bo eona ha e sa etsa release li status tsa funds tsa bahlanka hore ba ‘ne ba tsebe ho hlahloba taba eo. Ke nka eka tabeng ena o nepile, Mohlomphehi.

Re le Lekala re na le tokelo ea ho e sala morao, empa mong’a chelete o na le tokelo ea ho batla statement sa hae. Ke tokelo ea motho ea huleloang ke fund eo hore Fund e mo fe tseo  a batlang ho li bona ka letsete la hae.

E leng hore re tlameha ho kopanya matsoho mona re le Lekala, ha u se u e beile tjena. Joale empa bohlanka bo seng bo sa fumane statements tsa bona ka litaba tseo, le bona bo na le tokelo ka Funds tse ts’oereng lichelete tsa bona hore ”hela, mponts’e na ke se ke eme hakae.” Re se ke ra thola feela eaba re re eane ha a etsa act, empa taba eo e le tokelo ea rona holim’a letlole la lichelete tseo e leng tsa rona.

Ke nka hore le bona bohlanka bo nke khato, ntate bo akofele taba eno.

HON. SENATOR L. SEEISO: Ke kopa ke u lebohe, ntate Motlatsi oa President.

Ke ne ke re na Letona la ka le Khabane la Lichelete ha le bone bohlokoa ba hore L ekaleng la hae ho ke ho be le secondment ea batho ba kang ba NSS e le hore e tle ebe karolo e ‘ngoe e ka thusang ha ho ba le litaba tse joalo tse etsahalang?

Secondment ea batho ba NSS e le mautloela ba tla tseba hore na ho etsahalang ka lichelete. Na  ha ho bonahale ekaba nako e nepahetseng hona joale tjena ea hore ho ka etsoa second batho ba joalo?

Kea leboha, Ntate.

HON. T. SOFONEA: Kea leboha, ntate Vice President.

Ka ‘nete ke mpe ke hlalose, ntate, hore taba eo Morena oa ka a e buang kea bohlokoa, ‘me ke rata ho tiisetsa Ntlo ena e Khabane hore ehlile re na le bona, ntate.

Treasury mane eona ee ea M50 million, letlaburu le lengata lena le ts’oeroe ke bona, ‘me joale ka ha u cho, Morena oa ka, e- ea, ho na le ba amehang. Ke se ke bonts’itse joalo, ntate, feela mautloela ’ona a teng ka moo ka Treasury

Khothaletso e kholo ke hore phephetso e moo ke ea hore motho o ts’oanetse a be le nako e teletsana, a be le experience ea lintho tse etsahalang moo, empa ha u mo tlohela hape hore a be le experience ea lintho tse etsahalang moo, o boetsoe o ts’oaetsoa  le ke bona bobolu boo.

Joale e batla e le taba e boima. Joale ha u re u mo tlosa kapele, u mo tlosa a es’o fumane botsebi hantle moo; empa le teng ha u re ua mo tlohela nako e telele, o ts’oaetsoa ke litaba tsena.

Feela ka bokhuts’oanyane, a teng Mautloela Lefapheng leo la h’eso la Treasury ‘me ke bonts’e, ntate, hore mosebetsi o moholo oa ho utulla litaba tsena o entsoe ke bona.

Kea leboha.

QUESTION 125. BORROWING FOR FISCAL POLICY IMPLEMENTATION

HON.SENATOR T. M. MOHALE (ON BEHALF OF HON. SENATOR R.P.L. PEETE) asked the Minister of Finance to shed the light to the House whether if it is true that the Government of Lesotho recently borrowed M1.4 million from IMF, and if so

  • Which programmes are going to be funded by such funding;
  • What is the payment period of that loan;
  • What measures are in place to increase revenue collection and reduce recurrent expenditure;
  • How is the general perfomance of the economy as well as projection for economic development in the next four years;
  • What causes delays in payment of services provided to the Government by suppliers;
  •  Do such delays in payment of suppliers not result in termination of those Basotho businesses?

HON.SENATOR T. SOFONEA: Kea leboha, ntate Vice President.

Ke mpe ke bonts’e, ntate, hore Potso ena e likarolo li ngata haholo, a-f. Ke tla bona hore na mohlomong ka lebaka la hore kajeno ke ne ke etsa mid-term budget Paramenteng, e ka ‘na eaba ho na le tse ling tseo ke sa li otlollang mona. Hape moo ebang e ‘ngoe ha e’a hlaka, ke tla thusoa ke Ntlo ke tle ke tsebe hore e tle e tle, ntate. Ke tla hlalosa ha ke le ho eona.

Joale empa ea pele ke bonts’e, ntate, hore karolo ea chelete eo ‘’Muso oa Lesotho o e fumaneng ho International Monetary Fund (IMF), ha se sekoloto.Karolo ea chelete ena kapa eona chelete ena, ke moo IMF e nang le Letlole la linaha tse ka bang 190 tse bitsoang Special Drawing Rights, moo naha ka ‘ngoe e nang le share ea eona ho ea ka matla a eona moo mokhahlelong.

IMF e ile ea nts’a chelete e kaalo ka 650 billion US Dollars ho e arolela linaha tse 190; e ‘ngoe le e ‘ngoe e fumana setsibana ho ea ka share ea eona moo.  Sepheo sa chelete eo ha se chelete eo re tl’o e sebelisa ho tla etsa liphethahatso tsa projects kahar’a naha, empa e le chelete e il’o nyolla mokotla oa libanka joaloka Central Bank, hore re lule re na le chelete eo ekareng hosane ha ntate Matekane a re ke il’o reka sefofane, joale ka li dollar tsohle tseo a nang le tsona, ka Maloti ‘ohle ao a nang le oona, hoba eena ke Mosotho, hang ka nako eona eo re mo fumanele li-dollar tse kaalo. Re se ke ra re ”ema hanyane ke hona re ntseng re bokeletsa.”

Eleng hore re ts’oanetse ho etsa maintain level eo re nang le bonnete ba hore mang kapa mang –  ‘me ha e s’o etsahale Lesotho mona, empa Linaheng tse ling ha u ea Forex u ka utloa hothoe u tle hosane, ba sa bokeletsa pele.

Mona ha ke hopole ho kile hoa eba le motho eo ekileng eare ha a ts’eletse South Africa kapa kae, a ikenela feela le garaging mono a kile a sokola liRanta.

E leng hore to maintain maemo ana hore a be flexible, a be a amohelehe, joale re bone hore Banka ena ea rona e Kholo e  lutse ka securities tsohle hore le ea batlang dollars, LiRanta,le ea batlang eng a lule a li fumana nako eo a li batlang.

 Sepheo sa chelete ena e ne e le eona feela e tlang ho tla etsa build up taba ea ntho e bitsoang balance of payment kahar’a Central Bank ho ts’ehetsa pack eno ea rona hore re ‘ne re khone ho hoebisana le linaha tse ling, hobane ho bonahetse hore ka nako ena ea Covid19, lithepa tse ngata haholo li rekuoe ka ntle ho naha.

Re sebelisitse chelete eo e seng ea rona haholo, ‘me taba eo e ne e batla joale e qeta chelete ea reserve eo re nang le eona.

Ke mpa ke hlakisa, Mohlomphehi hore motho e mong o ne a mpotsa a re na re na le bothata bofe ba ho etsa print chelete na?

Joale ke mpe ke re, Mohlomphehi, hobane banka hothoe e ‘ngoe ea functions tsa eona ke ho etsa chelete. Joale taba eo e ipapisa le Meloana le moruo le sekepele joaloka shares tseo tseo re li fumanang ho IMF, moo naha e ‘ngoe le e  ‘ngoe e nang le sekepele sa hore e ke ke ea etsa ka holimo ho moputso oa eona. Seo naha eona e leng ho sona ka economy ea eona, ke moputso oo naha eo e o kholang.

Taba ena ke mpe ke e fete ka hore karolong ea bobeli, hee, ha ho na period eo re nang le eona ea ho patala mokoloto ona, empa ke mpe ke hlakise, Mohlomphehi, hore ha re imetsoe joale ka ha re imetsoe tjena, ha re ka ra thetsa eona karolo eona eo ea reserves, joale ra e fetolela  ho currency, ra koala borokho bane bo oeleng haeso mane –  karolo eno re re e se e fetotsoe ha re e chenchela boemong bono ba reserves.

Joale empa hee, hona joale re sa ntsane re kolokochana le hore ha re chonne ka moo, re se ke mpe ra oela molekong oo re tla reka Ranta ka Maloti a mabeli. Re mpe re ‘ne re lule re ts’oere cheque eno leha re ntse re hula kathata joalo.

Ke bonts’e feela, Mohlomphehi, hore kea kholoa karolo e ‘ngoe hape eo e sa ngolehang hantle –  empa kea kholoa ke tla e araba karolong ena, ntate. Ke e bonts’ang hore na ke mehato efe eo re ntseng re e nka re le Lekala ho bona hore re matlafatsa pokello ea lekhetho kapa chelete ea ‘Muso, e leng Revenue ,mohlomong e le ka sepheo sa ho fokotsa expenditure e holimo-limo.

Ka ‘nete ke batla ho bonts’a ka kotloloho, Mohlomphehi, hore lehlakoreng la pokello re amehile haholo ke mehloli eo e fokolang, e meng ebile e sa matlafala, empa bophelo bo normal, bo tsamaea joale ka ha eka ha hoa etsahala letho ka lehlakoreng la expenditure.

E leng hona ha eka expenditure e itsamaela joale ka ha eka ha oa etsahala letho. makala a etsa commit ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe joale ka ha eka ha hoa etsahala letho.

Feela ka mona ho theuoe, ‘me ho hlakile hore ho na le ho tla imela ho hong! Ke eona taba ena e re beileng mona moo re teng.

Che, leha ho le joalo, Mohlomphehi ka Lefapha la hes’o la LRA, re na le ntho e bitsoang tax organisation e hloailoeng ke World Bank ho fa LRA chelete ea project eo re tl’o matlafatsa litaba tsona tsena tsa likhafa, moo hona joale re seng re batla hore baamoheli bohle, ho kenyeletsa haholo bana bao re llang ka bona ba machine, e se ke ea hlola eba bona ba tlatsang lifmo tsa  ho etsa declare ho re, ‘ke entse bokana, ke entse bokana’. 

LRA e tl’o etsa systems tse tl’o kena mechining ea ba rekisang, ebe letsatsi le letsatsi ha a ntse a rekisa, all transactions tse tse neng li etsahala ho eena, ebe LRA e ntse e li bona, joaloka moputso oa hao, Mohlomphehi.

LRA ea u joetsa na u khafa bokae. Ha ke re e’a bona ha e u botse! Empa likhoebong ea re botsa ebile morao tjena, e re re ithaope ha e sa re lelekisa , ke ne be ke ba joetsa, ka re hee! Bohlanka ba haeso ho re lefatséng mona moo le r’eng motho a ithaopele khafa le ha ho ka thoe, u tla pata ho hong.

E ne e  le ho fetola hore e etse service e etse reflect, litaba tsa likoloi ha re khafile empa batho ntse re khaoela hobane re na le bolokolohi bo bonagata ba ha ho chita libuka tsa rona, ‘me kea leboha Mohlomphehi kea kholoa ke Karolo eo, ke neng ke bontsá na re ntse re nyolla  litaba tseo joang.

VICE PRESIDENT: Honouarble Minister, ke kopa u ntsóarele hanyane,have a seat.

Question put, and agreed to.

HON. T. SOFONEA: Kea leboha Mohlomphehi, kea kholoa Karolo ea Potso ea ka, mona moo e neng e botsa hore na litaba tse etsang hore ho liehoe ho pataloa li-service tse fanoeng ke li-supplier ke hopola hore ke se ke batla ke atamelitse mathata ao, le tsela eo e re amang hore e be li-supplier li qetella li lieha ho pataloa.

ke se ke bontsítse the Structural Reforms kapa boitlhopho ba rona hore re bone hore le motinyane oa arabeloa. Lekaleng la haeso mane ha e saea ka seoeso-oeso. Ke nka, ke hapa karolo e ‘ngoe eo ehlileng ke lumellanang le litaba tseo tsa hore likhoebo tse liehang ho pataloa, ke ‘nete eo e ke keng ea qojoa hore  karolo e kholo e ea oa.

Ke hore feela ha re ntse re etsa litaba tsena, re le-tsólong la ho bona ho bokella, ke nako e sele ena ea temo, ea Christmas ho bona hore na re ke keng ra fumana litaba tsa budget support, re mpe re eo qhibolla tsena tsa khale tseo ho liehiloeng ho pataloa empa mohlolo oa taba ke hore ha re qhibolla tjena, ho tloha Makaleng eseng Finance mona, re bona li-payment tse nang le selemo kapa tse peli e le hona li fihlang.

Potso e hlaha hona mane ho re na li-Patala tsee, haeka ke tsa Selemo sa 2018 fela ke hona e fihlang hoba ha li kena, re li  etsa record. Hona joale re lokisitse system ea ho li etsa record. Ke hona re li bonang hantle hore ea 2018 ke hona e  kenang ka hare ho Treasury, e ne e ntse e lutse kae Lekaleng koa? Litaba tseo, li re re tlameha ho tla etsa tsétsétha mane Makaleng hobane Bohlanka bono bo sebetsang mono, e ntse e le ba Finance Mohlomphehi.

Litaba tsena li re, re kene litabeng tsena hoa bonahala hore litaba tsena li na le bothata ‘me ke araba ka tsela ea hore Mohlomphehi, re kene mono ka hare ho utulla litaba tsena le ho etsa automate, joale re se hlole ntse re etsa print qubuhali tseno joale re tle mpe re bone hore na leoa lena, le ka se re thuse hore re ke re felise taba ena.

Rea li etsa lihlopha ka hore mohlomong, lipatala tsohle tse ka tlase ho 50, 000 e ke re ha re patala ntho e kang 2/3 Million, e kebe re ntsítse bahoebi ba ka bang 50 ka nako e le ‘ngoe hobane joale ho na le patala ea mohoebi ea tlamehang ho pataloa 40 Million a le mong, ‘me hona joale re lokisa hore re mo negotiate hore re mpe re re, ho eena, re kopa ho re re u fe 20 Million. Re tla u fa 10 Million ka khoeli e tlang, 10 Million re ke re ise hoba bangata bana hobane batho ba emang ka mona ka  Lekaleng la Finance, ba be ba oe mono ka ‘nete oa fumana e le 7 000 ea batho.

Ke litaba tse bohloko haholo, ‘me taba eo re leka ho etsetsa li- Reform tse etsang hore  le ba banyane re ke re ba etsetse ka ho ba etsa lihlopha, nqa e le ‘ngoe, e re ha re ntsá li-Million mona, e ee be ke entse batho ba bangata bana, ke tsela tsohle tseo re lekang ho otlolla. Fela u tla elleloa hore ho na le bao, esale ba pakoa khale ka Leano lane, le ke itseng ke la seoeso-oeso seo se neng se bonahala se atetse Lekala leo haholo.

Litaba tsa ho qetela ke tsa hore Mohlomphehi, kea kholoa ena ea performance ea economy le li- Projection in the next 4 years, ke tla kopa Mohlomphehi ke tle mpe ke lokise lipalo tsa ho arabela eo, ha ke na lipalo tse tsetsitseng hona joale ka litaba tseo, ke karolong ena feela Mohlomphehi, eo ke sa fanang ka lipalo tsa eona.

Kea leboha.

HON. SENATOR T. MOHALE: Kea leboha hle Ntate. Ke ne ke mpa ke re rea leboha Ntate Letona ka Karabo ea hao, u ile oa ama taba ea LRA hore molemong oa ho tla bokeletsa lekhetho, LRA e se ntse e le teng Meralong ea ho bokeletsa lekhetho, potso eaka e ipapisitse le hore ka har’a naha, ka har’a litereke tse leshome, LRA e teng li terekeng tse tharo, e be taba ea ho akofisa ho etsa decentralize LRA literekeng tsohle. E le hore ho bokeletsa lekhetho, ho tle ho be sehlahlo ho feta  mona, ‘me e be taba eo u ha kae ka eona Ntate?

Litaba tsa bobeli ke tsena tseo ho ntseng ho thakholoa, le ho kenyeletsa Ntlo ea Senate ena eo re tsebang hantle hore e emisitsoe ke taba ea ho re  u ne u se u abile Chelete Lekaleng. Empa ho bonahala bothata bo bile teng hore Chelete eno e patale Mokonteraka oa Senate har’a Makala a mang, e be teba eo Ntate u se u e sebelitse ha kae na?

HON. T. SOFONEA: Kea leboha Mohlomphehi, taba ena ea LRA ke lumela hantle Ntate hore re se re hatetse pele haholo, hobane a mang a mathata ao LRA re seng re e file mandate, ke hoa etsa collect taba e bitsoang non-tax revenue eo boholo ba eona e ntseng e bokelloa ke li sub-accountancy tsa rona literekeng.

Boitlhopho bo teng ke ba hore re etse incorporate LRA mono literekeng hobane joale e se e le eona, e re tl’o thusana le eona re bone hore e bokella makhetho óhle. Ke ho re ke Leano leo, eseng a tax ( empa non tax revenue); a bokelloa ke ‘Muso haholo.

Litabeng tsa Ntlo ea Senate, ka ‘nete ke ne ke thabile haholo, ke tseba re qalile. ‘Me ha re qalile, re bolela hore Chelete e ntse e le teng e ka sebelisoang kea tseba. Ho se ho na le litsela tse lokisitsoeng le li-foundation empa taba ea hore ho na le chelete e fasitsoeng, e s’o pataloe, ke batla ke re Mohlomphehi, kea kholoa ke taba eo ke nahanang hore ha e ne eba re bua taba eo, re ne re lekana hore re bue taba eo e be re re: Finance mohlomong e ts’oeroe ke ho haelloa ke cash ka lebaka la bulk payment eba li-process tsona li se li entsoe kaofela.

Ke e nka mofao Mohlomphehi hore ke tle ke tsebe hoba le kutloisiso ea hore na moo u reng hona le moo mokonteraka a so pataloe ke stage sefeng. Le hore na joang hobane methati ea hore mokonteraka a pataloe e lokeloa hore e nkoe ke motho eo re ka mobitsang Chief Accounting Officer ea ikarabellang koano, joale a etse request ebe joale o e behile mane ho Budget  Controller, joale eena a etse release the funds, re mpe re ilo khitlela the actual cash eo re e bokelletsang mokonteraka empa process tseno kaofela li entsoe.

Ke mokhoa ona ke lakatsang ho tseba hore na ke e nke mofao hore na sekhiqetsane kapa moo ho eme teng hona tjena ke stage sefeng sa ho patala. Kea leboha, Mohlomphehi ke tla e nka mofao joale re e shebisane hore na ebe eona e eme hokae hobane e etselitsoe budget e teng taba eo ‘me ke tseba process e ntse e tsoelapele kea leboha

MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha Honourable Minister.

126. NEED TO REVIEW BAIL APPLICATION AT THE COURTS OF LAW FOR THE ACCUSED THAT ARE CHARGED WITH MURDER OR VERY SERIOUS OFFENCE

Was deffered

MR. VICE-PRESIDENT: Potso e checha hobaneng Ntate Letona?

HON. M. LETSOSA( on behalf of Minister of law and Justice): Hobane oa Mphato oa ka ha a honyelletsa likarabo tseo li neng li lokela hore libe teng Ntate.

MR. VICE-PRESIDENT: The question is simple, why?

HON. M. LETSOSA: Because karabo ha eeo matsohong a rona hona joale.

MR. VICE-PRESIDENT: Why u sena likarabo?

HON. M. LETSOSA: Ke hobane ba ntse ba itlhopha lekaleng mane. [litseho]

127. INADEQUETE ACCESS TO CLEAN WATER FOR HOUSEHOLD USE AT HA LETUKA IN THABA-TSEKA

HON. SENATOR T. MOHALE( On behalf of Hon. Senator S. B.Seiso): Asked the Minister of Water if he is aware that there is one source of water used and that dries off easily and quickly at Ha Letuka village, in the Tenesola Community Council in Thaba-Tseka District, and if so, how soon will those residents be supplied with clean, adequate and portable water.

HON. K. MOSENENE (MINISTER OF WATER): Kea leboha Mohlomphehi Motlatsi oa President. Karabo ea potso ena ea 127 e teng ‘me eona e fumaneha ka tsela e latelang. Ha ho so fihloe tlhokomelo ea lekala la haeso hore hona le bothata ba mohloli motseng oa ha Letuka tikolohong ea Tenesola, seterekeng sa Thaba-Tseka. Haele mona re hlokomelisitsoe ka qholotso ena lekala le tla romela bahlanka ho ea hlahloba hore na bothata ba mohloli oo o le mong bo ka rarolloa joang. E le hore ha lichelete li lumela se thusoe hang-hang. Kea leboha Mohlomphehi.

MR. VICE PRESIDENT: Potso e nyanyeletsang. Morena oa Thaba le Prof. Mahao le ka nyanyelletsa.

 HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Ke ne ke re nke ke utloe Letona le Khabane hore na o bolela hore ha ana contingence fund e ka loantsang ts’obotsi eno hobane taba ea mehloli Lesotho mona ehlile e nkile mothinya osele. Ke ts’ebetso kapa ntho ena ea climate change. Ebe ha ho na letho leo u ka le etsang ho e potlakela ho thibela that deterioration kapa u se u tla emela mohlang u nang le chelete ebe le fumana ntho eo e felile e shoele. Is that what you are saying Honourable Minister kapa ha ho na moo u ka bang oa thola mokhoa oa chelete na?

HON. SENATOR PROF. N. L. MAHAO: Ke makatsoa ke  karabo ea Mohlomphehi Letona. O re ke hona a tla romela bahlanka. Ke ho bolela hore ho tloha nakong eo ba neng ba fumana potso, ha a ka a romela Bahlanka. Ebe lebaka ekaba lefe hore a tle koano a se a fumane hore pharela e fela e le teng na?

HON. P. K. MOSENENE: Mohlomphehi Vice-President,ke kopa ke arabe potso ea pele ea Morena oa ka oa ThabaBosiu. Ka’nete mokhoa o teng oa hore haeba ha ba khutla litjeo li tla be li se holimo haholo, ho ntse ho na le mokhoa o ka etsoang joalekaha re ntse re etsa maintain libakeng tse ling moo metsi a neng a ntse a le teng, empa a se a sa tsoe ka lebaka la hore ka nako e ‘ngoe lits’epe tsena li koalehile ke tsa khale tsa puso ea Ntate Leabua kapa ea Masole. Re se re koetse li-pipe tseno tsa lits’epe. Empa re ntse re khona ho thusetsa moo bokhoni bo bang teng. Empa moo li batlang lichelete tse kholo haholo, ke moo re emelang ha lichelete li lumela, Mohlomphehi oa ka.

Potsong ea Setho se Khabane Professor Nqosa Mahao, ‘nete ruri ke hore lintho tsa ‘Muso ha li sebetsoe joale ka ha motho ka bomong e reng ha bosiu bo esa u be u se u tsoha u mathile ka lebelo u il’o likela kae-kae.

 ‘Nete ke hore ha ke bua le lona tjena bahlanka ba se ba le hona teng kajeno, empa bothata ke hore karabo ea ka e tlameha e otlolohe ka hore ha ke e-s’o fumane karabo. Ke tla sitoa ke eme ka pela Ntlo ena ke re ba se ba tsoa teng ba fumane ho le tjena ho le tjena. ‘Nete ke hore ba se ba ile hona teng ‘me hosane re tla tseba ho fumana hore litjeo tsa ho lokisa boemo bono e ka ba life.

Kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Honourable Minister.

Litho tse khabane, ke kopa hore re phomotse Ntlo hofihlela ha hora ea bobeli e fetile ka metsotso e mashome a mararo.

HON. SENATOR M. HLOAELE: Kea leboha, Ntate. U ile oa beha taba ena ‘me ea amoheloa ka tsela eo e ileng ea amoheloa hore lipotso li felle. Ha ke khahlanong leha u etsa phetoho, feela ke kopa u ntumelle ke hlomathise ts’isinyo eno ea hau hore…

Mr. VICEPRESIDENT: Order! Order! U hlomathisa ho ‘na? Ke uena ea tsoileng taolong Setho se Khabane. U hlomathisa my ruling? Ae.

HON. SENATOR M. HLOAELE: U entse ruling joale u etsa ruling e ‘ngoe. U ‘ne u hopole Mohlomphehi hore ke ntse ke lebelletse hore u ntataise.

U entse ruling le pele 10 minutes e fela, ruling eo oa e fetola. U etsa e ‘ngoe hape e seng e le khahlanong le eo. Ke batla ho utloisisa. U entse ruling ea hore lipotso hore li felle, u se u e fetola hape hona joale.

MR. VICE-PRESIDENT: Mono you are right.

U tle u ngole motion joale re tla tla qoqa ka taba eno. Ke eona tsela eo u ka qholotsang qeto eo ke e entseng ka Ntlong ka mona.

Akere u itse ke u tataise Setho se Khabane, ha ke se ke entse ruling joale u utloa eka ha e u ts’oare hantle, u tle u etse motion hee, Ntlo e iketse pronounce.

Hona joale re tla phomola hofihlela ha hora ea bobeli e fetile ka metsotso e mashome a mararo.

HOUSE RESUMES AT 14:30

MR. VICE-PRESIDENT: Kamor’a phomolo ea lijo tsa motšeare. Re tla tsoela-pele moo re felletseng teng ka lipotso.

128. RANGELANDS COVERED BY SHRUBS FOLLOWING FREQUENT BURNING BY HERD BOYS

Was deferred

129. ENLIGHTENMENT ON EMBEZZLEMENT OF WOOL AND MOHAIR FARMERS’ FUNDS

HON. SENATOR M. HLOAELE: Asked the Minister of Agriculture and Food Security if he is aware that post the possession of Basotho farmers’ wool and mohair by Mr. Stone Xie in the years 2018-2019, on both media houses and social platforms, there has been discussions to the effect that some Ministers of the 4×4 coalition government and its Parliamentarians, together with some Ministers and Parliamentarians of the current government, diverted some payments for wool and mohair farmers to their own advantage.

If the Minister is aware of these assertions, can he shed some light on the following;

  1. What measures has the government embarked on  to establish truth in these allegations;
  2. How much money was due to Basotho wool and mohair farmers and, how much did they actually receive;
  3. How much was diverted to the advantage of the alleged perpetrators;
  4. What effort has the government taken to recover those funds;
  5. How soon will the government bring those culprits to justice?

HON. M. LETSOSA: Letona le Khabane le ha le ile la ba teng mona empa o ntšietse Karabo ena hore ke tle ke e behe ka mona. Ke lemoha hore boholo ba likateng tsa Karabo ena; Polelong eo a e entseng mona li se li batla li arabelehile empa hee, e re ke fane ka karabo Ntate.

Ha ho s’o fihli tlhokomelong ea Lekala la haeso la Lichelete tsa lihoai tseo li li kholisitsoeng kapa hona ho ikhapela, ke a mang a Matona joalo ka ha Potso e bolela. Hoo e leng ‘nete ea taba ke hore Selemong sa 2018 le 2019 lihoai tse 2710 li ile tsa kolotoa ke Lesotho Wool Centre Chelete e kaalo ka M10, 510,736,10. Lekala la Temo ka tšebelisano ‘moho le Lekala la Likhoebo tse Nyane le ile la lefa lihoai tse 749 mokhahlelong oa pele chelete e kaalo ka M3,644,026.06. Mokhahlelong oa bobeli lihoai tse 651, li ile tsa lefshoa Chelete e kaalo ka M2,562,258.70 mekhahlelo ena e ‘meli lihoai li ile tsa lefeloa lipokelong tsa tsona libankeng tse fapane ka hare ho naha. Ha joale lihoai tse makholo a mane, mashome a mararo a metso e ts’eletseng li ntse li lefshoa matsohong, kakaretso ea Chelete e kaalo ka M1,460,999.60. Tsena li etsahala ka thuso ea banka ea Poso ka ha lihoai tse joalo li sena lipolokelo libankeng. Ho boetse ho na le lihoai tse 874 tseo patala ea tsona e ntse e hlomphuoa Lekaleng la Lichelete. Lipatala tsena kaofela ha ho moo li amanang teng le Chelete eo ho thoeng e khelositsoe ho ea moo e sa lokelang.

‘Muso o ile oa ikeletsa eaba ho e-ma Lesotho Wool Centre pele ho lefshoa lihoai ka Tumellano ea hore hanghang ha Lesotho Wool Centre e se e fumane chelete e tla buseletsa ‘Muso Chelete eo. Ke eo Karabo Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha Letona le Khabane. Potso e nyanyeletsang?

HON. SENATOR T. M. MOHALE: Kea leboha Ntate Motlatsi oa President. Ke leboha Letona le Khabane ka ho beha Ntlo e Khabane leseling. Ntate Letona ke kopa Ntate hore mananeng ana ao lihoai li sokang li pataloa, uke u re thuse ka ‘ona hobane sekiring seo lihoai tsa haeso li kutang teng tsa Ha-makhakhe re na le batho ba isang leshomeng bao ho tloha 2018 ba sokang ba pataloa, ‘me ka ‘nete ekaba taba ea bohlokoa hore Manane ano re ea bone e le hore re tsebe ho sheba hore haele mona ‘Muso o itukisetsa ho ba patala empe ebe mabitso a bona a teng.

Potso ea ka ea bobeli ke hore na, na ke hantle hore business ea hae moo Lesotho e hoebe e sena account ka har’a naha? Motho u tseba hore e ‘ngoe ea Lipehelo tsa hoba le trader’s licence ke hore khoebo e joalo ebe e na le account ka har’a Lesotho, ‘me lipuong tsa litaba tsena tsa bo rasekiri ho hlakile ha a na banking account ka har’a naha ea Lesotho, ‘me kea botsa hore na, na ho ntse ho le molaong hore ebe mohoebi ea mokalo-kalo ha a na account ka har’a Lesotho na?.

HON. M. LETSOSA: Ke lebohile Ntate Vice. Ka lehlohonolo tsena Lipotso ke tla tseba hore ke lithenthe lekaleng lena la ka le lecha. Ena ea manane a eang ho lihoai hore setho se Khabane se a fumane, ruri e le ntho e bonolo e ka etsahalang hobane kea tseba hore ho na le nako eo manane a joalo a ile a fuoa Bakhethoa hore ba tataisane le lihoai mane, e leng hore ke manane a fumanehang. Ka lebaka leno kopo eno ke lumela hore etla sebetsahala hore manane a hlahe a tobileng sekiring seo o buang ka sona joale o tl’o sheba mono hore bano ba hlahang mono ba tla qetella ba fumane chelete na.

Ena ea hore na khoebo e ka sebetsa e sena polokelo ea banka. Ha se ntho e bonolo ho hang hobane le rona ba Lekala la tsa Lehae ha mohoebi enoa a fihla a re o tl’o nchafatsa permit ea hae ea ho lula Lesotho mona o se a batla ho etsa khoebo. Ha a qala a re o se a etsa khoebo re se re re tlisa ntho e itseng le itseng hara ntho tseo re lihlokang, ke hore re bone hore o na le account Lesotho mona. E leng ho re a ka sitoa feela le ho nchafatsa bolulo ba hae Lesotho mona. Ke pehelo e ‘ngoe ea Lekala la Khoebo, ea hore ha motho a hoeba a bana le polokelo ka har’a naha ka mona.

Re tla hopola Morena oa ka, hore Letona le Khabane ha le ntse le etsa polelo mona le bontšitse hore company ena e amehang litabeng tsena tsa chelete e ne e na le libukana tsa li-account libankeng tse ka hara naha ka mona. La ba la bontša Letona le Khabane hore o se a na le bothata ba hore a ka ba le tšebelisano-‘moho le libanka tseno tseo a neng a sebetsa le tsona hobane ba se ba sa mo tsebe, ba monka a sa sebetse hantle ho latela lipehelo tseo ba lifang li-client tsa bona. E leng buka eona e ne e le teng empa o se a na le bothata le libanka. Ke ntse ke belaela hore ha a sa lokise litaba tseno tsa hae ekanna eaba o tla felloa ke khoebo joalojoalo. Ho ea hlaka hore ho tlabe ho se ho sena moo a sebeletsang litaba tsa hae tsa banka teng. Joale o tla tlameha_ empa hee, ho araba potso ka bokhutšoanyane ho ke ke hoa eba le company e kholo bo bokalo-kalo e ka tlang ho sebetsa ka hare ho naha ka mona e sena polokelo ea bukana bankeng mane. E tlameha ebe teng. Le eena enoa o ne a ntse a na le eona o mpa a qakane le libanka tseno tsa hae ka lebaka la tšebetso ena ea hae eo libanka li belaelang hore ha e ea fela.

130. UPDATES ON THE AVAILABILITY OF SUBSIDIZED FERTILIZERS IN LERIBE DISTRICT.

HON SENATOR P. S. MATHEALIRA: Asked the Minister of Agriculture to give a comprehensive account to the Senate, on how soon will the subsidized fertilizers be availed to farmers In the Leribe District given the fact that the summer cropping season is in progress?

HON. M. LETSOHA: Karabo ke ena. Lekala la Temo le Kanetso ea Lijo le fana ka khahlametso ea lipeo, menontša le meriana ea temo ka theolelo ea 60%, ‘me bahoebi le boramaboloko ba reka menontša litorong tse ‘ne; sa pele se Ha Foso, sa bobeli se Maputsoe, sa boraro se Mohale’s Hoek ebe sa bone se Butha-buthe. Moo joale ba li rekisetsa lihoai metseng moo ba phelang teng ka sepheo sa ho bebofaletsa mosebetsi oa temo.

Ho bonahetse tlhoko ea monontša e le holimo, e bakuoe ke tahlehelo, har’a tse ling ea mesebetsi ka lebaka la Covid-19, ‘me joale batho ba tlile temong ka lipalo tse holimo haholo. Lipalo-palo tsa monontša o tlisoang ke mohlaisi oa menontša ka letsatsi, li bonahetse li le tlase haholo papisong le tse hlokahalang. Lekala le entse maoala ‘ohle ho nyolla lipalo-palo tsa monontša le ho khetha matsatsi a fapane a tekiso. e le hore bahoebi le boramaboloko ba fumane menontša ka ho tšoana le ka ho lekana ho se khethollo. E le ho arabela tlhoko ena e holimo ea menontša lekala la Temo le Kanetso ea Lijo le se le kopile chelete e ‘ngoe hape, ‘me chelete e joalo e se e fanoe ho eketsa menontša.

Hape Lekala le ekelitse li-company tse ling tse peli ho thusa ho nyolla phepelo ea menontša, ‘me mohato ona o tla fokotsa bothata bona ba tlhokahalo ea menontša.

Mohlomphehi Vice-President, mohlomong e le ho pheta taba eo ke neng ke se ke e buile Karabo ena; e le eona har’a Polelo e neng e behiloe ke Mohlomphehi Letona mona e ne e se e batla e akaralelitsoe mono, ‘me re ka lemoha hore ka ha karabo mohlomong e tlabe e ngotsoe matsatsinyana pele a ka tla ka mona. Polelo ea hae e batla e hatetse pelenyana ho feta Karabo ena. Hobane o ne a se a bile a tseba hore na li-company ho etsahalang ka tsona, a se a bile a tseba hore li-company tseno li ea delivery ho tloha hosane empa ka ha Karabo e ne e se e le pejana eona e ntse e bua litaba tseo ho seng ho buueng ka tsona. E leng ho re khatelo-pele e se e le teng litabeng tsena tsa menontša ha re hapella le Polelo ea Mohlomphehi, eo a neng a e etsa ka  mona.

Kea leboha Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT: Potso e nyanyeletsang.

HON. SENATOR P. S. MATHEALIRA: Mohlomphehi kea leboha.

Ka ‘nete ke leboha Karabo ea Letona le Polelo ea Letona hoseng hona. Empa ha se potso e nyanyeletsang, ke boeletsi hore Lekala la Temo le ke le etse boithuto hore hona le mabare-bare a hore hona Maputsoe moo setorong sa ‘Muso batho ba lihoai ha ba reke haba sena vaccination card ea Covid-19. Ea bobeli, ha o se oa mokha oa mohlanka ea theohetseng ha o rekisetsoe ho ntšuoa likarete tsa lipolotiki. Ke kopa ho ke ho etsoe boithuto re se ke ra sokolisoa, lihoai li se li batla ho ea masimong etsoe nako e ile.

Kea leboha Mohlomphehi.

HON. SENATOR T. M. MOHALE: Kea leboha, kannete Letona le Khabane ke makalla ha u buella litaba tsa Leribe feela u le lekaota, kea ipotsa hore na ha u fumane monyetla o mokana oa ho buella Makaota hobaneng u se u tsitsa Leribe tjena.

MR. VICE-PRESIDENT: Order! O kebe oa tlisa taba ena ea lona ea likobo ka mona.

HON. SENATOR T. M. MOHALE: Empa ke taba Ntate Molula-Setulo.Taba ea bohlokoa litabeng tseno Ntate Vice-President ke ea hore litaba tsena tsa litoro ka ‘nete sechaba seo e li sotlang. Joalo ka ha ‘M’e a bontša hore Leribe ehlile e na le bothata, joalo ka ha Ntate Letona a bontšitse hore ka har’a naha litoro li ‘ne feela. Taba eno e bohloko ho sechaba seo litoro tse joalo li leng sieo libakeng tsa bona. Taba ea ho tsamaea ho tloha libakeng tsa rona re ea literekeng, mohlala rona re le Mafeteng re tla Ha Foso kapa rea Mohale’s Hoek, ‘me taba eno ea ho ea holimo le tlase ke litjeo tse boima haholo Ntate.

Ea bobeli ke ena ea hore manyolo ho bonahetse hona le pharela hore ebe sechaba sea fumana, ‘me taba e joalo e nyotobetsa sechaba se ithukhubelitseng hore se leme ka se khahla se seholo. Taba eno ea hore ebe taba ea lipelo le lita tsa manyolo li fumaneha ka thata sechabeng seo litoro li seng ho sona. E tlaba bosula ka nako e telele haholo.

MR. VICE-PRESIDENT: Hon. Member pele rea phomolo ke kopile hore re etse lipotso tse khutsoanyane, joale u oa ralotsa  ua khobotla.

HON. SENATOR T. M. MOHALE: E ne e mpa e le hore feela Ntate re kopa hore taba ena ea manyolo le lipeo hle, ka boikokobetso e ke e leke ho anetsoa literekeng molemong oa hore lifihlelehe ha bobebe Ntate. Ke ka pele hakae taba eno o tla etsoa Ntate.

HON. M. LEBESA: Kea leboha Ntate Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo.

Ntumelle ke botse Mohlomphehi Letona ho latela phatlhalatso ea Mohlomphehi Letona la Temo le Kanetso ea Lijo hoseng kajeno. O fane ka tiisetso hore manyolo a tlaba teng ho tloha hosane, ‘me batla bula weekend ena kaofela. Ntate Letona u tiisa moo re le Litho tsa Ntlo ena re il’o fa lihoai tiisetso ea hore mafelo a beke ee ho tloha Labohlano ba hle ba il’o fola mane litorong tsa ‘muso ka Lekala la Temo manyolo a tlabe a le teng na?

MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Minister! Ke ne ke nahanne hore ‘M’e Mofumahali ha a nyanyeletsa potsong ea hae. Ke ne ke utloile ‘na e bua ka taba ea mohlomong a comprehensive account. Ke ne ke nahanne hore e tla kenyeletsa li-quantity le mofuta ea lintho tse teng for accountability. Hore mohlomong hothoe Leribe hona le bongata bo bokana bo tla abuoa tjena. Ho boetse hona le ea Ntate Mohale eo ke batlang ho etsa emphasis on it. Ke hore as much as hothoe setoro se teng Leribe se Maputsoe ha o nka haeso moholo Maliba-matšo ho ea mono e ntse e le leeto le tšabehang. Ha u nka hore haeso Berea hona le Marena a mararo e leng ‘M’e Mamolapo setoro se ha hae ha Foso mane. Feela ha u nka ho tloha haeso koana Mapoteng Sebitia, Mosalemane, Phororong le tse ling ho ea mono e ntse e le leeto le leholo haholo. Re bile re nolofalloa ke hoea ka Bela-bela kamane ho ‘M’ e Mofumahali Pontšo Mathealira. Taba eno ke utloa eka Ntate ena ea hore litereke mohlomong, u ke u bone hore na ho etsoa taba eno e anele joang. U ka araba Ntate Letona.

HON. M. LETSOSA: Ke lebohile haholo Ntate. Ke qale ka ena ea batho bao kapa menyanyetsi. ‘M’e Mofumahali o ne a re hona le mabare-bare a hlokang hore a batlisisoe a hore batho ha ba il’o reka lipeo hotla thoe ba tlise likarete tse mona tse bontšang hore ba entetse Covid-19, ha ba re ba sa utloile ka eno ho hlaha eo hothoeng hlahisa karete ea Party ke bone na o oa haeso na. Ka ‘nete joalo ka ha ‘M’e Mofumahali a hlalositse ke taba e hlokang re ke re il’o e batlisisa ka thata hore na ho ee ho etsahaleng, le hore e bakoa ke eng na. empa moo litaba li tsamaeang hantle ho fosahetse ho etsa joalo. Ke phoso e tšabehang ho etsa joalo. Empa ha e le mona hona le monyanyetsi o hlahang o hloka hore ho il’o batlisisoa hantle re tle re tsebe hore ha re araba taba eno ka mona re be re na le bo ‘nete bo phethahetseng hore e ea etsahala kapa ke mabare-bare a senang seo a ka se etsang. E leng hore ke e nka mofao joalo ka ha ha hothoe re ke re il’o e batla.

MR. VICE-PRESIDENT: Li nke mofao li le peli. Ea karete ea ente le ea lipolotiki. Kapa li ea fapana?

HON . M. LETSOSA: E-e bobeli ba tsona. Hobane le eona eno ea ente, sebaka seno ha hona moo ho itsoeng ha o kena mona o reka thepa o ka hlahisa karete ea ho enta.

MR. VICE-PRESIDENT: E felletse likonkotieng koana.

HON. M. LETSOSA: E felelletse likokotieng.

Morena oa ka oa Tajane o re na litoro tsena ha li anele sebaka ke eng, ‘me o e tlatsitse Ntate hore li bonahala li le libakeng tse fokolang joale ntho eno e tla nyahamisa le batho banang le thahasello. Ke sello se seholo ka makaoteng ka mona. Ke tseba hantle moo ke kopanang le Ntate DA ha re na ho arohana a so bue eno “hee ntho ee ea lona e ea litoro tse bo-Mohale’s Hoek, ke mang a itseng Mafeteng ha ena litoro joalo-joalo”. Ke sello seo re se utloileng, re tla bona hore na re etsa mosebetsi ono joalo. Le hore li tle li anele ke tla buisana le Letona la Temo ha ke tsoa mona. Ntho ena e tle e bonahale e ea meriting. Lea hopola bahlomphehi hore hona le nako eo lintho tsena li neng li fumaneha seterekeng se seng le se seng le shopong mono. Empa ho ile hoa bonahala hona le lintho tse sa utloahaleng tse etsahalang, liphoso tse ngata, batho ba se ba nka monyetla ka ntho eno. Tsa khutlisoa ho se ho tla tluoa HaFoso fela. Ha naha ena kaofela e se e tl’o khobokana HaFoso moo hoa bonahala le teng e boetse e baka bothata ha e mong le e mong le ea hlahang Thaba-Tseka joalojoalo a tla mona Ha Foso. Hoa be ho se ho thoe ha re boele ka literekeng hape-hape ke ka hona ho khethuoeng libaka tsena tse ‘ne. ntho e bohlokoa ke bona eka ke hore lekala le tlameha hore le tle le itlhophe hantle hore le be le litsela tsa ho kata likoti ha Mesebetsi ena e khutlela ka hara sechaba ka mane e le hore joale ho se ke hoa  re ha re khutlisetsa mosebetsi ka hare ho sechaba, ntho eane ea etsa hore re khutlele HaFoso ea tla hape ea re khutlisetsa HaFoso. E leng ho re ke boeletsi bohlakileng bo behoang Ntate. Re ntse re sebetsana le bona ho bona hore re tla thusetsang joang. Feela ena ea hore litoro li hole ke e tseba hantle, ‘me e baka bothata. Re tla tataea re tla bona hore na re tla fihla joang.

Ntate Lebesa o re na tiisetso e teng ea hore manyolo hosasa a teng? Na ba ka tsoa ba il’o joetsa lihoai. Karabo ea ka ke hore Letona le Khabane ha le ne le le mona le etsa polelo o ne a hlile a bua le sechaba ka kotloholo feela ka Ntlong ena. E leng ho re sechaba ka bo sona ha se batle le hore se utloe ka lona se ikutloetse hore Letona le re hosane [litseho…].

MR. VICE-PRESIDENT: Order! You are misleading this House, mosebetsi oa Litho tse Khabane ke ho tsamaisa melaetsa e tlang ka Ntlong ka mona. Joale ba re u se ke oa ba etsa commit oa ba etsisa liphoso.

HON. M. LETSOSA: Ka ‘nete ke ne ke bebofatsa ka hore liphatlalatso tsena re ile ra bona hobane telefishini e ne e le teng ka mona. Liphatlalatso tsena e ntse e le tsa sechaba ha re qala re ba ka Plenary ka mona li se li le moo ho bulehileng moo e mong le e mong a fumanang taba. E leng hore taba eo letona le neng le ntse le e bua kamoo ke eona Ntate Vice. Letona le buile le eme mona.

MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Minister! Hon. Lebesa o batla o etse retaliate that.

HON. M. LETSOSA: Ke e thetsa ka hore Letona la beha taba, taba eo ke eona e behiloeng ke letona mona.

MR. VICE-PRESIDENT: e bue ka molomo oa hau, o tlabe a etšoere.

HON. M. LETSOSA: Letona le itse hosane manyaolo oa fumaneha.       Oa utloa ho ntse ho thoe ha re khutleleng ka literekeng, hape-hape empa joale ho se ho khethuoe libaka tsena tse  ‘ne. E leng ho re ntho e bohlokoa ke bona eka ke hore Lekala le tlamehile hore le ke le itlhophe hantle hore le etse implement litsela tsa ho kata likoti ha mesebetsi ena e khutlela kahare ho sechaba ka mane, e le hore joale e se ke ea re ha re khutlisetsa mesebetsi ka hare ho sechaba ntho eane e ileng ea etsa re khutlele Ha Foso, ea khutla hape ea re khutlisetsa Ha Foso. E le hore ke boeletsi bo hlakileng bo behoang Ntate re ntse re sebetsana le bona ho bona hore na re tla thusetsang joang, feela ena ea hore litoro li hole ke e tseba hantle ‘me e baka bothata, re tla tataea re tla bona hore na re fihlang joang.

Ntate Lebesa ho re na tiisetso e teng ea hore manyolo hosane a teng na ba ka ts’oha ba il’o joetsa lihoai, na ehlile ke cho joalo na, karabo ea ka kannete ke hore Letona le Khabane ha le ne le le mona, le etsa Polelo le ne le sa bua le sechaba ka kotloloho feela ka Ntlo ena. E le hore sechaba ka bosona ha se batle le hore se be se il’o joetsoa, a se a ikutloetse hore Letona le re hosane.

MR. VICE-PRESIDENT: Order! Honourable, you are misleading this House, mosebetsi oa Litho tse Khabane ke ho tsamaisa melaetsa e tlang ka Ntlong ka mona, joale ba re u se ke be oa uaba… ke ho re u etsa commit, u’a ba etsetsa lipotso!  

HON. L. LETSOSA: Empa hee, ka ‘nete ke ne se ntse ke bebofatsa ka hore Liphatlalatso tsena re ile ra bona hore ehlile television e ne e le teng ka mona, Liphatlalatso tsena e ntse e le tsa sechaba ha re qala re ba ka Plenary  ka mona. Li se li le moo ho bulehileng moo e mong le e mong, a fumanang litaba e le hore taba eo, Letona le neng le ntse le e bua mona ke eona Ntate Vice, Letona le buile taba le eme mona.

MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Minister, Honourable Letsosa o batla hore u etse reiterate that.

HON. L. LETSOSA: ‘Me ke e pheta ka hore Letona la beha taba, taba eo ke eona e behiloeng ke Letona mona. Letona le itse hosane manyolo a fumaneha. E leng ho re ke bona eka Lipotso ke li akarelitse ha ke fihlile ho eena, Ntate Vice feela hee, a bosieo ba litoro, eona ruri e ea utloahala e sotla sechaba joale ha e kopana le ena ea thepha e ntseng e fihla e kono-konoloa, e kono-konoloa e fela kapele mono ‘me ka ho ea ka polelo ea Letona, re se re utloile hore bothata bono re se re batla re bo loants’itse haholo, re hopola hore ho tloha hosane litaba li tla loka ka moo litaba li leng ka teng.

Kea leboha Ntate.

                Next Item, Mr. Clerk!

HON. L. LETSOSA: Kea leboha Mohlomphehi, ka ‘nete ke ema ho sisinya hore Ntlo ena e Khabane, e fetele ho Palo ea Bobeli ea Sets’oants’o sena sa Molao, Mohlomphehi Sets’oants’o sena sa Molao se bitsoang National Identity Cards Amendment Bill, 2021 empa e le mokhoa feela oa hore Molaong oa rona oa National Identity Cards oa 2011, re leke ho o ntlafatsa hobane ho ne ho se ho bonahala ha ho se ho sebetsoa, o se o batla o siuoa ke linako mona le mane, joale ntho e kholo ke ea ho ntlafatsa Molao ono. Taba ea bobeli eo Molao ona o e… Sets’oants’o sena se kopang ho e etsa, ke ea hore ho se ho e-na le lintho tse entsoeng ha ho sebetsoa litaba tseno tsa li-ID feela, tse sa hlaheng ka hare ho Molao. E leng ho re sets’oants’o sena se leka hore se kenyeletse lintho tse bohlokoa tse entsoeng, tse bohlokoa haholo feela joale li ne li se covered ke Molao ona hore li kenelle kahare ho Molao.

E ‘ngoe ea lintho tseo Sets’oants’o sena sa Molao, mohlomong ke hle ke qale hona mono, ke ea hore batho bao e seng Basotho, ke hore se eketsa mothamo oa batho ba tlamehileng hore ba fumants’oe li-ID. Li-ID tsa rona li ne ntse li sa fumanoe ke batho bao e seng Basotho ba tlileng mona ba lula Lesotho mona mohlomong ka litaba tsa khoebo joalo-joalo. 

Ba ne ntse ba sa fuoe li-ID empa joale Sets’oants’o sena se re e-e, kannete u ke ke oa lula le motho kahare ho jarete ea hau leha e ka ba ke malaeneng, ebe ha u mo tsebe, motho eo u lulang le eena, u sa mo tsebe, o tla u tsohela bora ka letsatsi le leng, u tla be u ntse u re ke monna e mots’o e molelele ho fella hona mono.

Athe, botle ke hore ha u re ke monna e mots’o u be u bolela le naha ea habo, u bolela mabitso a hae u bolela batsoali ba hae, joalo-joalo. E leng ho re re kenyeletsa batho ba tl’o tla ba lula Lesotho mona ba ts’oereng li-residence permit, baa bao re ba fang li-residence permit ka lilemo tse tharo, ho ea holimo, e be e le hore re qalella hore re ba nke menoana, joale re ba fe ID e bonts’ang hore ha se Mosotho. Re hle re hlake hona moo, ID tsa rona li mefuta e mengata, ena ke e fanoang ho bonts’a hore u lula Lesotho mona feela ha u Mosotho uena, taba e kholo nthong eno Bahlomphehi ke menoana ea batho bana. E tle e tsebe hore ntho e re sebetsanang le eona ke hore e ka ‘na eaba ke litloli tsa molao ka hore hobane re nkile menoana eno ea bona, re ka tseba hore joale re fuputse hohle moo re batlang ho fuputsa teng ka batho bana  hobane joale re na le menoana ea bona.

E leng ho re leha e le mona re re re tla ba fa li-ID joalo, ae! Moo taba e kholo e leng teng ke hore re be le menoana ea bona, re tle re tsebe ho tseba batho bana hantle hore na ke bo-mang ba ea kae merero ea bona ke efe, e leng hore e atolosa taba eno joalo. E boetse e atolosa Lenane leno ka hore ho kenyeletsoe batho bao ho thoeng ke ma-refugee ‘me ma-refugee ka molao oane oa khale, a ne a se na tokelo ea ho fumana le ID feela.

U tla fumana hore motho enoa ke le refugee o se a e-na le lilemo tse 15 a le Lesotho mona. Ha re na menoana ea hae, ha a na mokhoa oa boitsebiso, re ntse re ts’abela feela tokomaneng eo a ntseng a re bonts’a eona hore ke ‘nyeo-‘nyeo. E leng ho re ho kenyeletsa batho bano ka mono, feela le eona ID e bonts’ang hore ha se Mosotho, e tla bonts’a hore eno ke le-refugee. E leng ho re ntho e kholo, ke ea hore re fumane menoana ea bona, re tle re tsebe hore eng kapa eng e ka etsahalang joale re tle re tsebe ho bona hore na re lelekisa litaba tsa bona joang.

Ha e le joalo, e tla re thusa le hore re tsebe hore na ba bakae batho bana ba kenang ba se na li-residence permit feela mono…re shebe taba hantle na batho bana ba bakae. Ba melata ba keneng ka hare ho Lesotho ka moo, ba nang le residence permit ea lilemo tse tharo hantle ba bakae hona joale ha re bua. E batla ho lelekisoa ka litsela tse telele haholo, joale ha re ka nka menoana, ra ba kenya ka hare ho system eno ea rona, ke ho penya ka pele feela hore batho ba nang le li-residence permit ebile ba na le ID ea mofuta ofe kapa ofe, ba bakae. Mochini o tla u hlahisetsa bona hantle hore ba nang le ID ea mofuta ofe ba bakae. E leng ho re re ntse re etsa miss opportunity eno ea ho tseba hantle hore re lula le bo-mang, ba hlahang libakeng life joalo-joalo ‘me taba eno, e thusa li-policy maker tsa naha ena hore na joale haeba ba se ba le bangata haholo, naha ena mohlomong e ka ikeletsa hore ache re sa utloile ka bona, ha re sa tla amohela batho ho latela sesiu se kahare ho li-ID ka mona.

Re na le batho ba bakana, bao re ba fileng li-ID bao re ba nkileng menoana. Batho bana  ba bangata ha re ba haneleng bana, ha re sa tla lumella ba bang, kapa ha re ke re fetoleng ba linaha tse itseng hoba ba se ba le bangata haholo, ha re ke re shebeng ba linaha tse ling tseo ebang ba ka ‘na ba khahloa ke ho tla mona, bana ba se ba le bangata haholo.

Ke ka moo ebang naha e ka nahana ho ts’oara li-policy tsa eona kateng. Ntlha e ‘ngoe eo Molao ona o e etsang Mohlomphehi ke hore ka hare ho Molao oane oa 2011 ho ne ho itsoe ID e tla ba le chip, chip ke nthonyana e mona e ts’epenyana, ho thoe information ea motho e t’lo bokelloa ho chip mono, empa ha ho se ho kenoa ts’ebetsong ho se ho etsoa li-ID ha ho fumants’ahala hore chip e turu haholo, eaba ea nyahlatsoa ha e etsoe, ha etsoa barcode, ntho e bitsoang 2D barcode, e le hore ID eo Ntate Vice u e ts’oereng e na le ntho e ts’oeu ka molao, ha u e sheba ka morao e na le makhoasho-khoasho a mats’o tlaase mono, eleng barcode, feela joale barcode eno ha e eo ka molaong, ke chip ID eno ha e na eona.

Ho neng ho nepahetse ke hore ebe ho ile hoa thoe ho tla etsoa barcode empa ho latela Discussion tsa batho ba neng ba etsa molao, eaba ho thoe ho tla etsoa chip, empa ha se ka sa sebetsa, ha etsoa barcode. Joale Molao ona o tlisa, o hlakola taba ea chip, o neng o ngotsoe ka hare ho Molao oane. E tla etsa introduce taba ea 2D barcode eane, eo e reng ha u fihla mechining mono feela, re fumana ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe hore na Morena oa hau oa sehlooho ke mang, Morena oa hau oa sebaka ke mang, batsoali ba hau ke bo-mang, u hlahetse sebakeng sefe, ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe, ha u ka etsa swipe karete eno, barcode eno feela e ea hlaha mono, mechini e tseba hore e e bale. E leng ho re ke mane moo ke neng ke ntse ke re ho na le lintho tse ling tseo Molao oa 2011, o nang le tsona, empa feela e le hore ke mane moo ke neng ke re, tse ling tsa lintho  tseo Molao ona o li etsang, li se ntse li le teng feela, li ne li sa kenella ka hare ho Molao.

Joale Molao ona, o leka hore o etse alignment eno ea mofuta ono, lintho tsena tse seng li ntse li le teng, tse ntle li be covered  ke Molao. E ‘ngoe ea litaba tseo motho u ka li supang ke ena ea hore motho eo ho thoeng ke Director ea li-ID, Molao ona o mo fa matla a hore e-be eena ea ka ts’oarang, a ts’oareloa information e ka hare ho sesiu ka mono, ha Molao oane oa 2011 o ne o re motho ea ka ts’oaranang, a ts’oarolla ka hare ho information eno e ka ba Director kapa any other officer. Ntho eno e ne e baka bothata ba hore ha Director e se e s’a ts’oara ho ts’oere any other officer joale ke le Matlalentoa Letsosa tjena, ke tseba hore ke na le ID e teng ka nthong ka mono, koto-koto habeli, hararo information ea ka e teng, e teng ka mono ka sesiung e sentse e matha marang-rang mona. Hantle motho eo ke tl’o mo botsa ke mang? Hobane ho itsoe director or any other, joale ha re botsa ho Director tsatsing leno, a re, ke ne ke sa theohela ha se ‘na, joale ke hona u tl’o tsoma ha na any other officer ke mang, ebe e mong le e mong oa itatola.

Leha ba ka u joetsa hore no information e bohlokoa joalo ka boitsebiso ba sechaba, ea motho e mong le e mong Bahlomphehi. Ke ho re e le motho e mong feela, ea ka bang monyane ka ho fetisisa ka hare ho naha ena, e tlamehile e ts’oaroe hantle. E be ka taolo ea hae hore e-be information e ka ‘na ea ts’oepohela sebakeng se itseng, empa e lokela e-be eena ea e laolang. Le hore motho ea ts’oarang mono, ebe motho a le mong ea tla re ha re qala re bona marang-rang, re be se re re ae! Haeba ho thoe e tsoa ka Home Affairs…re il’o botsa Director. O tla bolela hore na information ena ea ka e batlang marang-rang moo, ke mang a na mo file tumello ea hore a e nts’e, a be a e ise marang-rang. Empa ka tsela, eo e neng e ngotsoe ka eona molaong oane oa khale e ne e bula khea ea hore ebe any other officer ‘me ha motho a batla information e ka hare ka mono, a fetile ho director hore o batla ho fumana information eno e ka mono. Molao ona o otlolla litaba tsa hore ha e le uena mong’a information ka mono ho na le mabaka ao, u kopang information ka ‘ona, director a ka u bulela information eno ea hau, a u bonts’e eona a etse liphetoho, moo ebang u batla ho etsa liphetoho teng.

Ka har’a information eno, e le uena mong’a taba empa ho ke keng hoa tla motho eo e seng mong’a taba, ea tla hlaha ka thoko ka koana, a hlaha a batla information ea motho e mong ka mono. Ehlile molao ona oa hana hore ae, u cha u ts’olang tabeng ee, ha se uena mong’a taba ena. Ha u tl’o tla u re, u tl’o batla information ea Motlalentoa Letsosa u se Motlalentoa Letsosa, hantle taba ea hau ke efe?

Molao oane oa 2011, o ne o sa tiea tabeng eno, o ne o batla o le likheanyana-nyana tse neng e ka ea le lemisa banka ka nako e ‘ngoe, empa hona joale o se o batla o otlolohile hantle hore ae mong’a information e-ba eena ea fanang, ea kopang access ka mono ka information ‘me a e fuoe. Ha e le ngoana e monyane, batsoali ba hae kapa batho ba mo hlokomelang haeba a se a se na batsoali ka bobeli, batho bao ngoana eo a leng boikarabellong ba bona, ke bona ba ka reng ae, re ntse re tsamaea le ngoana oa rona ke enoa re utloa eka litaba tsa hae ka sesiung ka mona, ha li’a nepahala, a ke le bonts’eng hore na hantle-ntle ke eng e sa nepahalang lebitsong la ngoana enoa, e le motsoali oa ngoana a tl’o shebela ngoana oa hae mono teng, e ea lumelleha. ‘Me bana bona ba fumana information eno ntle le tefo empa batho ba bang ba ka kenang ka hare ho information ka mono ba sheba na ho etsahalang ke eng, re siile monyetla oa litaba tseno tse ka khotla joale motho a batla litaba tse itseng, lekhotla le nts’itse taelo hore re feng litaba tsa motho enoa ka mono, eno eona e ea utloahala re tla fana ka tsona, e le ka taelo ea lekhotla.

Kapa ka nako e ‘ngoe paramente e ntse e etsa lipatlisiso ka taba tse itseng, joale e se e batla ho teba ka motho ea ka pela eona, enoa ho na le litaba tse sa kopaneng tsa hae, joale ache, re tlameha ho fumana identity ea motho enoa hantle, Home Affairs re thuse mono. Paramente ha e nts’itse taelo le eona ka komiti e ikarabellang hore re ntse re etsa lipatlisiso tjena le tjena, re thuseng re fumane litaba tsa motho enoa, e le litaba tsa Paramente le teng re ka thusetsa hore ho bonahale hore na paramente e ke keng ea tseba ho fihla motsong oa taba ha e fumane ka Setho seno, ha e le ba bang bona ba tla ts’oaneloa ke hore ha ba eo batla litaba tseno, ba thibeloe empa ho ntse ho na le ba li entseng ba ka li lefisoang bona.

Bona ho thoe ae uena, u tla lefa ha u batla information eno, mohlala u tloha mona u ea bankeng, u il’o bula account bankeng mane, libanka li se li na le ntho ena, ea know your customer. U kile oa utloa eka ba ntse ba na le pelaelo, ea hore re batla ho etsa check hore na motho eo ehlile karete ea hae ha se ea bokunyata efeela e le eona ea Home Affairs, joale ba tla etsa communicate le Home Affairs, re na le client ke ena a k’o re feng ka ena hore Karete ena, re e fumane ka pele ho mahlo a rona ea ID number e itseng, efeela e le teng e phelang ka mono ka ho li-system tsa lona, joale re tla ba etsa charge bona empa re tla ba shebela ntho eo ba e batlang ho etsa confirm feela hore karete ke ea rona ha re tsoele-pele ho feta mono. Re ba fa feela hore motho eo a ts’oereng Karete eno e teng ka ho system ka mona, le ka mo sebeletsa ka mokhoa oo le batlang ho mo sebeletsa ka teng. Ebe re etsa attract, ntho eno e etsa attract some charges tse itseng.

Kannete ha ke akarelitse hakana Bahlomphehi taba eno, ka ho akaretsa hore ke Amendment feela ha e le telele hakaalo-kaalo. Tse ling tsa lintho, ke ho tlosa comma mona, etsa eng, empa moo taba e leng teng ke hona mono moo re reng re batla hore batho ba sa mo lumelleng, ke hore moo Molao oane oa 2011 o sa ba lumelleng hore ba ka fumana li-ID, ba nkuoa menoana ho sarolloe letlooa leno, re kenye batho ba ‘maloanyana, re se re entse mohlala oa baphaphathehi le ka bana ba senang li-residence permit hobane joalokaha ke cho hore le haeba ha re ka ra lula le batho, bao re sa ba tsebeng ka har’a naha ka mona etlare mohla ba re tsohetseng bora, re tla tsoa re se re sa hetle ka morao re longoa ke linta tsa kobo ea rona.

Joale re re ae, ha re u tsebe na u mang, ke hore ntho ena e etsahalang e ts’oana le ena, eo u tla utloa ho ntse ho thoe motho o lula malaeneng Ha Tsolo joale ebe ho ntse ho thoe beng ba malaene ba sebetsang hantle, re tlele le lengolo la morena oa hau, re tsebe na u mang u tsoa kae, ke eona ntho e joalo. Ha u se u tlohetse batho ho lula feela moo, tsatsing lena o lula mona, hosane o lula mona o qheketsa mona, o utsoa mona, joale ha a tsejoe motho eno ke eona taba eo re tenneng re atolosa letlooa leno ka sona sebopeho seno le ho etsa introduce 2D barcode eane, re nts’a chip joale e le hore director ea li-ID ebe eona feela e ka tsebang ho ba le etsa access information ka mane ha ho hlokahala hore e etse access e se ka ba e mong le e mong moikutloa-pelo a ka e etsang access. Joale ke tsona litaba le hore na joale ke bo-mang ba nang le tokelo ea hore ba ka e fuoa information eno ha ba e hloka, ke se ke itse ke mong’a information hantle ke motsoali oa ngoana, ke paramante ha e ntse e etsa lipatlisiso kapa ke the court of law ha li batla hore li fumane information ka mono. Ke nahana hore ha ke entse hakaalo bahlomphehi, ke thetsitse ka kakaretso hore na tse phuthetsoeng ke Sehlomathiso sena ke life.

Kea sisinya Ntate.

HON.SENATOR N.BERENG:  Kea leboha Ntate Vice-President, Ntate ka uena ke tlatsa Letona le Khabane Molaong ona oa bohlokoa-hlokoa haholo oo a o tlisitseng ka pele ho Ntlo ‘me ho’a lokela Mohlomphehi hore motho ha a se a ile a phela naheng, a fuoe permanent residence permit, feela e ntseng e hlalosa hantle hore motho enoa o fuoe residence permit e seng hore e se e le Mosotho. Ruri taba ena e tla thusa haholo hobane re na le batho bana ba rona ba tla beng ba tsamaea all over, bana ba Ma-Afrika, ha ke batle ho ba bitsa ka lebitso le mona le Basotho ba ratang ho ba bitsaka lona, ke Ma-Afrika ba tla beng ba ts’oere mafielo ba ts’oereng eng ba rekisa ha ho tsebahale hore na motho enoa hantle-ntle o lula hokae.

Ka nako e ‘ngoe o etsa litlolo tsa molao, ‘me batho bano le ka technology ba kotsi haholo u se k ebe oa ‘na oa ba tella ha ba ntse ba rekisa mafielo mona. U ka bona ba se ba ts’oere ID tsa Lesotho mona u sa tsebe hore na o e nkile joang feela u utloa hore motho enoa, o metha Sesotho ‘me sena se etsoa ke taba ena ea khea eo Molao ona oa 2011, o neng o se etsa ea hore mang kapa mang ea tla kena ka ho system, eaba o khona hore a phenya-phenye taba ea information ea motho.

Ha e le mona Letona le Khabane le se le bonts’itse hore motho ea tla ikarabella e tla ba director ka kotloloho, sena se tla re thusa haholo. Ha ke ntse ke tlatsa Letona le Khabane la ka, ke rata ho bonts’a hore ha re ntse re hola mona naheng ea South Africa batho, ba teng ba ne ba tsamaea ba tsoere lipasa, ha u ne u sa ts’oara pasa e ne e ba plastic, ‘me ba ne ba lla litletlebong tse ling tsa bona, ba ne ba lla haholo hore kannete batho bana ba basoeu ba ba hatelletse. Empa hona joale eona ntho eo e neng e ba llisa Mohlomphehi, ba lakatsa hore ekare e ka khutla hape eaba teng hobane joale baa lla hore rea utsoetsoa, re beteloa bana, re etsa joang ‘me ha motho e ne e-ba o tsamaea a ts’oere pasa ea hae mehleng eane ea bona, ea khethollo eo ke sa reng e nepahetse, feela oa bona hore batho bano ba basoeu ba ne ba bone hore kannete ntho ena ea hlokahala hore motho ha a ntse a tsamaea, a ea holimo le tlaase mona ho tsebahale hore na ke nku ea lesaka lefe, ‘me ho tsebahale hore motho e mong ke enoa ke motho oa Lesotho kapa ke motho oa Zimbabwe kapa ke motho oa hokae.

Ke rata hape ho tlatsa Letona mona moo a bonts’ang hore Molao oane oa khale oa 2011 ha se oa khale o ntse o le teng ts’ebetsong re mpa feela re kenyeletsa lintlha tseo ho bonahalang hore li ile tsa sala ho sa hlokomeleha, taba ena ea chip ea hore eitse ha molao o se o ntse o sebetsa ha bonahala hore chip ena e turu haholo ‘me ho ke ke be hoa ba bobebe hore e tle e sebetse, ‘me eaba Lekala le ikeletsa hore ho mpe ho sebetse barcode…

HON. SENATOR N. BERENG: ‘Me kannete Letona le Khabane rea u tšehetsa ka Molao ona o moholo hakana, oo u o tlisitseng ka Ntlong ea rona hore re ke re o nyakurele, re o sebetse e le hore o tle o tsebe hore o il’o sebeletsa sechaba hantle ka Litemana tse thathamisitsoeng ka hare ho Setšoantšo sena sa Molao.

Mohlomphehi ke kopa hore u ntumelle hore ha ke behile hakana, ruri ke tlatsa Letona le Khabane.

MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Setho se Khabane.

Question proposed that National Identity Cards (Amendment) Bill, 2021 be read a second time.

MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa ka oa Tajane.

Morena oa ka oa Lioli.

HON. SENATOR T. M. MOHALE: Kea leboha, hle Ntate Vice-President.

Kannete Ntate Lekala lena leo Ntate Letona a tlileng ka koano ka lona, le entse taba ea bohlokoa, ka hore batho leha e se Basotho re phela le bona, ba ikutloe e le batho le bona.

Ka mohato ona oo Lekala le o entseng, batho ba tlileng koano ka botšabeli ba tlohile ma-ha-bo-bona ba se na letho leo ba le tšoereng, e tl’o ba thusa hore hona joale ha ba na le IDs ba ikutloe le bona e le batho. Ba tla khona hore ka li-ID tseo ba tla li fumana, ba tsebe ho fumana mesebetsi.

Ea bobeli ba tle ba tsebe hore le bona joaloka batho ba bang, ba tle ba tsebe hore ba be le li-account libankeng. ‘Me re utloa re tlotla Letona le Khabane ka hore taba ena ea boikarabello ea hore litaba tsa motho ebe litaba tsa boikarabello ba Letona, ke ntho e kholo. Re utloa e le bohlokoa hore ebe o nka boikarabello ba hore ebe ho tla tsuoaka monyako o le mong.

Taba ea hore ebe litaba tsa bohlokoahali hakana li ne li le matsohong a mangata, ke eona e ileng ea re bakela bolutu bona ba hore ebe li- ID li ile tsa fihla matsohong a fapaneng. Ka mohato ono rea tšepa hore kannete li-ID tsa rona li tla laoleha, re tla ba motlotlo re le Basotho ka li-ID tseo tsa rona.

Taba ena ea bar-code e thusa haholo ‘me lehlohonolo ke hore le libanka li se li e ananela. Le li-insurance li se li e ananela. Ha u batla ID ea hau, u se u e batla ka sefahlehong le ka morao ‘me taba eno e bontša bohlokoa ba hore na ID e molemo hakae. Ke hore e bua ka uena u le motho. Ntate Letona, taba ena ea hore ebe u ile ua toboketsa taba ea ID ea finger prints –  rea tseba hore batho re ka ts’oana ka lintho tsohle, feela finger prints ha ho na mokhoa oa hore li ka ts’oana. 

Ke ho re, Mohlomphehi Vice-President, ntho ea finger print e ts’oana le lentsoe; ha ho na mokhoa oa hore lentsoe la ka le la hao a ka ts’oana, Ntate, ‘me…

MR. VICE-PRESIDENT:  Order!

 Morena Khoabane o lula a nketsisa mona! Morena Khoabane o ee a tlohe a bue joalo ka ‘na mona…

[LITS’EHO]…

Hona ha mantsoe a le mangata hakaale, ua khetha lee la ka molato?

HON. SENATOR M.T. MOHALE:  Nts’oarele! Ha e shape fats’e moo! 

Ke ne ke mpa ke bonts’a feela hore linthong tseo Molimo a re fileng tsona, litaba –  ea lentsoe le taba ea finger print –  ke tsona tseo ho se nang mokhoa oa hore li ka ts’oana. Joale ke re ha e le mona Letona le beile taba, ka ‘nete ke se ke le tlatsa, Ntate. 

Kea leboha.  

HON. SENATOR S.G. MASUPHA:Mohlomphehi Motlatsi oa Madam President, ke ema mona ehlile ke tlatsa Letona la ka le Khabane ka bohlale bona boo Lekala le bo fihletseng.

Ke re ke bohlale, hobane taba ea ID kahar’a naha ka mona e lekana le Passport.  U ke ke ua fumana litšebeletso le haeba u le a refugee, kapa u le motho feela eo ebang u tsoa ka ntle, u tlile mona ka khoebo. 

E netefatsa feela hore u kahar’a naha ea Lesotho, ‘me taba ena ka ‘nete e entsoe ka boqhetseke.  Ha feela re ka hlokomela batho bana ba ma-refugee, re tle re tsebe hore ke batho ba balehileng ka mabaka a  bona, ‘me ha ba balehile ka mabaka a bona, haeba ID ena eba e lekana le Passport, e lekana le Drivers Licence, eba ke tokomane e kenellang kahar’a marang-rang ana a linaha tsa SADC, le eona e tlameha hore re e hlokomele, Mohlomphehi, hore motho enoa a balehile tjena, e ka ‘na ea tloha eaba re ‘montša lira tsa hae. Re ka ‘na ra tloha re se re fumana lengolo le reng, ”hela, uena, Mohlomphehi,” u s’u fumana lengolo, ‘hela ho na le motho eo u nts’o ‘molokile mono, ea tsoileng kahar’a naha ea rona, re ntse re ‘matla’. 

Ekaba bohlale hore ha ho etsoa litokomane tsa batho bano ba joalo, litaba tsa bona li felle kahar’a naha ka mona feela, li se ke be tsa tsoela kantle.  Ke ho re ke li beha ka tsela ea hore, Mohlomphehi, mona e se e mpa e le feela hore Lekala la hao le ke le e shebe ka leihlo le nang le mohau, hore motho enoa leha u mo etsetsa tokomane e bohlokoa hakana-kana, ea hore a khone ho fumana litšebeletso, motho h’a balehile o’a ba siile tokomane, a siile ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe, a e siile hae, ‘me ha a fihla naheng eo a tlang ho eona, ke hona moo a tl’o fumana tsena tsohle tseo ebang li ka mo thusa ho phela, ho fihlela nako eane eo litaba tsa hae li ka lokang, haeba li tla loka, kapa nako eo ebang a ka rata ho khahloa hore ha a se a hlahlobiloe hore ke motho ea nepahetseng, a khahloa hore e be moahi oa Lesotho, ho fumanoe hore ka ‘nete motho enoa ke motho ea seng a ntse a tšepahala, hobane re bona, Mohlomphehi, hore batho bana ba ma-refugee, ke batho ba nang le litsebo, litsebo tse makatsang.  Ba bang u tla fumana hore ke li-electrician tse holimo-limo, ke matichere, ke hore a holimo haholo, ba bang ke li ngaka, ba bang ke li-scientist.

Ka hona, Mohlomphehi, ketso ena e entsoeng ke Lekala ke taba e kholo haholo, ‘me ke mpa ke ema mona feela ke re, ehlile kea tlatsa hore Tokomane ena e nkoe ka Lihlomathiso tsena tsa eona tse kenyelelitsoeng hore e qetelle e le tokomane e nepahetseng ea molao. 

Kea leboha, Mohlomphehi… (LITLATSE)… 

Question put and agreed to.

MR. VICE-PRESIDENT:  Honourable Minister, re fetisetse mothating o hlahlamang, Ntate.

HON. M. LETSOTSA (MINISTER OF HOME AFFAIRS):  Kea leboha, Ntate Motlatsi oa Mookameli. 

Ke beha mona, Ntate, hore, ke tla kopa hore Ntlo ena e Khabane ea Senate e ipope e le Komiti holim’a Setšoants’o sena sa Molao hang-hang.

Question, that the House resolves itself into Committee put and agreed to.

The House resolved itself into Committee

(IN THE COMMITTEE)

Clauses 1 – 5.

HON. M. LETSOSA:  Kea leboha, Mohlomphhehi. 

Clause 1, e mpa e hlalosa lebitso feela hore Setšoantšo sena sa Molao se tla tsejoa e le National Identity Cards (Amendment) Bill, 2021, ‘me se tla qala ho sebetsa hang hoba Ntlo ena e Khabane e qete ka sona, ‘me se phatlalatsoe ka Gazette ea ‘Muso.

Clause 2, ke taba eane ea interpretation, ea mantsoe, Mohlomphehi. Kea kholoa taba e bohlokoa mona ho interpretation mono ke taba ena ea Indefinite Residence Permit, hore re se re tl’o tla re e hlakola.  Re tla hopola hore Afrika Boroa mane bona ba e bitsa Permanent Residence Permit, joale mona re batla ho khutlela Molaong oa rona oa khale, definition ea Indefinite Residence Permit, joalo-joalo, li hlakoloe, hobane Molao oa rona oa 1966 kea kholoa o hlalosa ka tsela  e ’ngoe.  E leng hore re se re tla re feela Indefinite Residence Permit, joalo-joalo.

Ntho e ‘ngoe ea bohlokoa mona ke refugee, hore na motho eo re ‘mitsang as refugee, re mo toloka ka sebopeho sa mofuta ofe, o balehile eng, e le ha ho etsahala eng, joalo-joalo, ‘me mabaka a mangata.  O tla be a balehile litaba tsa ho hlaseloa ha habo, merabe e ea loana, joalo-joalo, eba litaba tse ngata.  Ho interpretation mono re ne re hlile re sekametse tabeng eno ea ho hlalosa mantsoe ano haholo, Mohlomphehi.

Clause 3, e re National Identity RegisterKe moo re qalang joale ho kenya lentsoe refugees, kapa non-citizens, hobane re ile ra re e tl’o ba refugees e tl’o ba non-citizens, non-citizens ke bane ba tlileng ka litaba tsa khoebo, joalo-joalo, bao re ba fang business permits.  E leng hore batho bano ba ntse ba na le tokelo eno ea hore ba il’o kena kahar’a sesiu sane sa rona, ba nkoe menoanoa, ba kenngoe ka mono, joale re tle re tsebe hore re ba tsebe hantle. Athe ka Molao oane oa pele, u n’o sa re lumelle hore u etse joalo. 

Clause 3, ha e na le litaba tse ngata haholo, empa e le ho supa eona taba eno feela.

Clause 4, Persons to be entered in the… e ntse e tsoela-pele ka hore e tla ba a citizen of Lesotho. E re, a refugee where a non-citizen holding a residence…of Lesotho that may be prescribed under the Alliance Control Act, 1966, yes ke 1966, Molao ono oa Alliance Control. O batla o hlalosa taba ena ea… hantle haholo, joale re re tlhaloso e tla ba eno, ho fapana le ena e neng e se e kene ka Molaong oa… e ntse e na le indefinite residence permit.

Joale (d) e re, ‘or any other person as may be prescribed.  Re ntse re belaela hore kajeno re bona bana ba ka likela ka mono, empa ha re tsebe hore na lilemo tse peli ho tloha hona joale ho ka bonahala ho ena le batho ba tlamehang hore ba kene ka mono na.  Joale re fane ka monyetla oa hore Letona le tla beng le le teng ka nako eno, ha le ka bona ho hlokahala, le ba kenye ka regulations, hobane e re as may be prescribed.  O tla… eena ka Ofising ka mane, a e etse prescribe ka regulations hantle, joale Paramente e tle e tsebe hore e hlahlobe hore na ke ba mang bana bao a seng a re o’a ba kenya kajeno.

Clause 5, e bua ka Access to register and confidentiality of informationKe eane eo re neng re ntse re e bua taba ea hore na ke bo-mang ba nang le tokelo ea ho fumana information eno e ka hare ka mono.  Ke mong’a litokomane, ke mong’a information eno e ka mono, ha e le ngoana ke batsoali ba hae ba ka etsang joalo, joalo-joalo, e le guardians tsa hae, ke tsona tse ka etsang… eno.  Ka mabaka ao ebang ba batla hore ba a hlahise ka mono. 

Ka nako e ‘ngoe ba batla ho tla ithuta hore na information ea hae e ntse e nepahetse ka mono joale ka ha a e tseba, joalo-joalo, ‘me kopi eo ke e tšoereng ea Molao mona, ke mpa ke batla ho lumela hore ha e… joale ka eno ea lona, hobane 6(a) e bonahala e qhomme e le kae-kae, feela e ntse e tlameha ho tla hlaha hona mona moo re ntseng re bua ka Clause 5. E tlamehile ho hlaha, ho hlahe 6(a), empa kopi eo ke e tšoereng e qhomme, e qhometse katlase ka mona. 

Ke ne ke se ke mpa ke re ha ekaba likopi tseo le li tšoereng tsona li nepahetse, e tla ba hantle.

MR. CHAIRPERSON:  Ee, Ntate, ea ka le Ntate Clerk li bonahala li nepahetse under (e) mona re na le 6(a).

HON. M. LETSOSA:  Oo, e leng hore lona le tšoere e nepahetseng hantle haholo. 

Ka ‘nete ke tsona lipallo tseno hore batho ba nang le tokelo ea hore ba etse access information eno ka mono ba tataisoa ke director and director alone, na ke bafe. 

Ke se ke hlalositse hore e tla ba mong’a information ka kotloloho, kapa batsoali haeba motho e le ngoana kapa guardians tsa hae, haeba e le a minor. 

So, ke tsona Litemana tseo ke li sisinyang, Mohlomphehi, hore Ntlo ena e li amohele.

Clauses 1 – 5:  Agreed to and ordered to stand part of the Bill.

Clauses 6 – 10.

HON. M. LETSOSA:  Kea leboha, Mohlomphehi. 

Clause 6, e bua ka Security. Ke mane moo re neng re bua ka hore na ke mang ka lehlakoreng la Lekala ea nang le tokelo.  Re tla hopola hore ho n’o itsoe director or any other, ‘me ra re tlosa ‘or’ eno, tlosa le eona ‘any other’ eno, e siee director feela, e tle e tsebe hore ha information e se e tsoile ka mono, joale re tle re tsebe hore na re e batla ho mang, ea filoeng tokelo eo ke Molao. (b) ea eona mona e mpa e thathamisa feela batho bao re reng ba ka ba le information, feela e se beng ba taba, ke investigation ka law enforcement, ke National Security, Defence, Parliamentary Investigations, joalo-joalo.

Empa he, ka hobane re ntse re belaela hore ho ka ‘na hoa etsahala hore ha re ntse re tsamaea tsela, ebe ho bonahala bohlokoa ba hore re ka kenyeletsa batho ba bang, bao re sa ba kenyeletsang, re entše 4 mono re re, ‘for any other purpose that the Minister may prescribe’, ‘me le eona ehlile re entse ka boomo hore that the Minister may prescribe, e le hore a hle a tlamehe, a tsebe hore a e ngole e le regulation, e se ke eaba ntho eo a e etsang feela hobane a re Molao o n’o re che nka ‘na ka fana, le ‘na joale ke se ke fana.  E tle e tl’o feta ka Paramenteng ka mona, hobane ke ee ke bone eka batho ba bang ba bohlokoa ke bona ba ka tsebang hore ba fuoe litaba tseno.

Clause 7, ke data accuracy and qualityHa e na litaba tse ngata Clause 7 eno, empa e le papaliso ea mantsoe feela, hobane e ne e re, delete to whom an identity card has been issued and constituting which particulars have been entered into the register… 

Ke papaliso ea mantsoe feela mono.  Re ile ra ba uncomfortable ka tsela eo e neng e ngotsoe ka eona, ra re e ngoloe tjena, empa ruri ha ho na polokoehali e kaalo-kaalo, empa tsela e seng e ngotsoe ka eona, re utloa re le comfortable hore e entse capture seo re batlang hore e tle e se etse, e le hore motho ea tla fumana information ka mono ke eo particulars tsa hae li kentsoeng ka mono, athe eane ea pele e ne e re eo ea filoeng karete. 

E leng hore re utloa eka e nepahetse haholo ha ho thoe eo litaba tsa hae li kentsoe ka mono, ke eena ea ka reng, a ke le reng nke ke bone. Empa ha u re ea filoeng karete, haeba o e fumane ka bolotsana moo, information eo ea hae ha e ea kena le hantle ka mono, ke eona tabanyana e neng e lokisoa mono.

Clause 8, eona ke power to issue an identityKe moo e tla ‘ne e be taba ea director.  Mane ho ile hoa tlosoa or any other officer, ra siea feela director, hore litaba tseno li ikarabelle ho eena ka kotloloho.

Clause 9, information on an Identity Card. Re tla lemoha hore ka hobane joale re tl’o kenya batho ba bang, ho na le lintho tse ling tse tlamehang hore li tle li fetohe hore na kareteng ea hao ho ngotsoeng na.  Joale re bontšitse hore ke lebitso la naha, joalo-joalo. 2(d) bar code, ke eno 2 ke bar code.  E teng 2 ke barcode, e ne e le sieo ho oane oa khale, joale 2 barcode ee e tšoere eng, kapa tokomane ee.  National Identity Number, full names, date of birth, sex, menoana e nkiloe le eona mono.  E leng taba eane eo ke itseng eona e bohlokoa haholo.  Monoana o motona, ona oa index le ona oa thumb, kapa ona oa left. 

Che, re ntse re hopola hore ka nako e ‘ngoe motho u ka tloha ua fumana hore menoana eno eo re ntseng re e batla, ha e eo.  Batho ba kileng ba sebetsa limmaeneng koana u tla utloa hore menoana e meng ea bona joale ha e eo, mechini e ile ea e ja koana, athe ke eona eo re neng re e batla, joale re tšoantšitse mona hore a ka tlisa o mong oa menoana eo a nang le eona. Le eona re e nke, empa joale ha a se a khaohile letsoho kapa matsoho, ke mane moo biographic information, moo motho enoa ea se nang menoana, re se re tla batla lipalo tse ling le ka mahlong ka mona, re bone hore na mechini ea rona e ka kotula eng ho molemo mono, hoo re tla ho khetholla ho batho ba bang.

for identity card.  Mona e mpa e le ho bontša feela hore na ke bo-mang joale batho bao re reng ba se ba na le tokelo likareteng tsena.  E ntse e le ho kenyelletsa mane non-citizens, feela ba fumaneng… Lesotho mona le refugees, rea ba kenyeletsa hobane joale ba se ba na le tokelo ka ho ea ka Setšoantšo sena sa Molao .  E leng hore e se e ntse e batla e le taba e batlang e ipheta-phetile ena eo re ntseng re buang ka eona, Bahlomphehi.

Kea sisnya, Ntate.

Question, that Clauses 6 – 10 stand part of the Bill, proposed.

HON. SENATOR S. G. MASUPHA:  Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli, taba ea ka e nyenyane haholo.  Ke ea hore feela re na le_, ehlile mona ke utloa e bua ka other identity ena e kenyelelitseng batho bana ba neng ba ntse ba le sieo kahar’a tokomane ena. 

Mohlomphehi, ka uena nke ke kope hore Letona la ka le ke le ntlhakisetse hore na taba ea ID ena eo re seng re na le eona re le citizens, ena ea liphoofolo, ebe batho baa ba baphaphathehi le batho baa bao e leng non-citizens, ebe bona e ba beha kae, haeba le eona e kenyelelitsoe kahar’a tokomane ee?

HON. M. LETSOSA:  Ke lebohile haholo, Mohlomphehi.

Ea liphoofolo mona ha e ea kenella, e kathoko ka ‘nete, Ntate.

Clauses 6 – 10:          Agreed to and ordered to stand part of the Bill.

Clauses 11 – 15.

HON. M. LETSOSA:  Kea leboha, Mohlomphehi. 

Clause 11, e bua ka… for identity cardRe tla lemoha hore batho bana bao re qetang ho ba kenya ka mona ka sesiung, e leng refugees le non Citizens, re tla tlameha ho hlalosa hore na ha ba etsa obligations ba hlokoa eng, hobane joale ba ne ba ntse ba le sieo.  Joale ha re sheba (i) mono, refugees ba tla tlameha hore ba tle le litokomane tsa bona tse teng, empa he, ka hobane e tla be e le refugees joale ba sa_, ka nako e ‘ngoe litokomane tsa bona li le sieo, ho na le lintho tse ngata tse sokolisang, ba tla tlameha ke hore Commissioner of Refugees, e leng eo ba ikarabellang ho eena Lekaleng mane, a ba thuse hore litaba tseo ba itlalehileng ka tsona li fumanehe hore na ke batho ba mofuta ofe, ba tsoa kae, ba ea kae, joalo-joalo.

Bana bao e leng non-citizens tsa Lesotho, feela ba ile ba qetella ba fumane naturalization, kapa ba ile ba ba registered Lesotho mona, re tla lemoha, Bahlomphehi, hore ntho ena ea naturalisation ea motho, ha u mo fa citizenship le ena ea hore u etse register, ke ntho e le ‘ngoe. Li fapana feela ka hore e mong ke oa linaha tsa Commonwealth, e mong ke oa linaha tseo e seng tsa Commonwealth, ke territory, 

Lesotho le ne mpa le fapana lipakeng tsa  linaha tseno feela, enoa o hlaha commonwealth, okay, o tla etsa register, enoa o hlaha ka thoko ho hlaha… kapa vise-versa, feela ke ntho e le ‘ngoe. 

So, ba tla tla ka certificates tseno tsa bona tsa naturalization, kapa tseno tsa hore ba registered, kapa joalo-joalo. 

Ba residence permits bona, ba tla tla ka permits tseno tsa bona le birth certificates, moo birth certificate e leng sieo, ba tla tla ka Affidavit, tse bontšang hore na ha e le hantle ba tsoa hokae, ba hlahile hokae, ke hore ba tsoa linaheng life, ho etsahetse joang.

Affidavits hobane ka ‘nete motho ha a se a se na letho-letho, joale a re, ‘nkenyeng kahar’a system ea lona, ha ke na letho’, ke hore a tle a pokothetse, ha re na ho e ananela taba eno. Tsamaea bonyane ho k’o be le ntho eo u tla itlama ka eona, eo u tla e hlapanyetsa Mapoleseng mane, kapa hokae, eo le rona kamoso e tla re ha re botsoa hore na motho eo le tena le mo kenya kamoo, ebe re re, ache, leha a ne a se na letho joalo, empa taba eo a e hlapanyelitseng ke ena, eo a re hlaloselitseng hore o tsebahala ka sona sebopeho sona sena.

…for renewal or placement of Identity Card.  Ho n’o se na defaced le stolen… kamor’a lentsoe ‘stolen’ ngola í ‘defaced’. Nthong eane ea 2011, e ne e se na lentsoe ‘defaced’, empa re lemohile rona hore ka nako e ‘ngoe ka lebaka la tšoaro eo re sa e utloisiseng ea li-ID tsena, u tla fumana ka nako e ‘ngoe li hlile li le defaced. 

Joale e ne e se condition eo motho a ka tla kopang e ncha ka eona, joale re e kenyelelitse hore ha e le defaced, e se e phosholehile, sefahleho se se se sa bonahale, e ntse e le teng, feela joale e phosholehile, sefahleho ha se sa bonahala, ho s’o na le ntho e etsahetseng ho eona mono, kapa e ile ea rotheloa kentho e ‘ngoe, ea etsa joang-joang, hore, ae, u nts’u tlamehile hore u tle u tl’o e fetola, re u fe e bonahalang hantle, ha ho le joalo.

Clause 13, insertion of no sectionKe change of error on an Identity Card.  Hoa etsahala hore u fumane hore phoso e teng mono likareteng, joale re fane ka monyetla oa hore li fetoloe.  U ka tla ua tla e fetola, che, tlas’a mabaka ao re sa a tsebeng, ho tla b’o s’o etsahetse hore mohlomong ke khale ke ntse ke tsejoa ke le Motlalentoa Letsosa, ke ile ka ntho ena ea Motlalentoa Letsosa, kae-kae batho ba haeso ba tl’o re, ‘e-e, ha ho na Letsosa la letho mona, u Matlalentoa Letšosa, ngola letšoao mono’.  E re mohlang ke bonang hore, he banna, hohle mona esale ke ntse ke ngola lebitso lena  la ka, hantle-ntle ha le nepahetse ke ha le na le letšoao, e le Letšosa, eseng Letsosa.  Joale nka tla ka tla fetola ID eno ea ka ho latela hore na…

MR. CHAIRPERSON:  Honourable Minister, kapa ka nako e ‘ngoe u n’o le letla-le-pepiloe…(LITŠEHO)…

HON. M. LETSOSA:  Che, ho ka etsahala, Ntate, empa kamor’a nako he kea bona hore ho na le phoso ho ID ea  ka mona, joale nka tla ka tla lokisa he. 

Director o filoe monyetla oa hore a tle a ntokisetse ka ‘nete ha ke fane ka mabaka a kholisang hore hona leha ke ne ke ntse ke nka ho nepahetse ka nako eane, ke lemohile hona joale hore ehlile ho fosahetse, ho nepahetseng ke hona.

MR. CHAIRPERSON: ‘Me a ka ba mangata mabaka ano, ke ne ke mpa ke tlatseletsa.

HON. M. LETSOSA:  Ho joalo, Ntate, a ka ba ba mangata haholo. 

Clause 14 ea amendment e leng Section 17 ea Act, e re cancellation and surrender of an Identity Card,hore na joale e ka etsoa cancel ha ho etsahetse eng.  Ha ho na le mis-representation. 

Che, ena ka hobane u s’o filoe tokelo ena, re ne re ile ra ikholisa hore u nts’o re fa lintho tse nepahetseng, mohlang re seng re batla ho e tlosa matsohong a hao, re itse e se ke eaba ntho e bonolo haholo.  Ke ho re bahlanka ba se ke ba u tlosa hobane feela ba le emotional, ho na le ntho eo u e entseng. 

Re itse ena eona e tlamehile e etsoe authorise ke Minister hore ache, le haeba a ne a qabane le uena, joale a sa batla ho u amoha ID, ho ke ho be thata hore ha u s’o ile ua e fumana, e tlohe habonolo feela. 

Joale re re, e-e, Minister teng o tla tlameha a ka tl’o mamela hore na le re motho eo le mo tsekisang, ha ho etsahetse eng, joale ho k’o fanoe ka mabaka a hlakileng hore, okay, le ka e tlosa ho latela ho, ka nako e ‘ngoe a b’a ‘mitse a tlo etsa representation, hela, ‘nyeo re mothating oa ho nka ID eno ea hao, hobane u entse tjena le tjena, ak’u itlhohlolle re bone hore na u ka itlhohlolla.  Ha a sitoa ho itlhohlolla joale ke hona a ka e amohuoang. 

E leng hore e mpa e le mokhoa feela oa hore na ho ka etsahala joang, kapa a fane ka information ka boomo, e fosahetseng.  The moment we discover hore motho enoa information eo a re fileng eona o ne a ntse a re qhekella ka boomo, hang-hang ha re etsa discover ntho eno, re tlameha re nke ID eno.

Che, ho tloha mono ke ho tlosa ‘,’ hase lintho tse ngata tseno, joale e se le litaba tse amang National Security, hore na ka ‘nete re bona motho eo re mo fileng ID ee ea rona in the interest of …na re bone eka re etselitse naha ee toka litabeng tsa ts’ireletso. 

Ha re qala re belaela feela hore ho s’o na le phoso, motho enoa a ka ‘na a re kenyetsa metsi ka moeli ka sebopeho sena, mohlomong ebile re batla ho mo khutlisa, re mo ise ha habo, re re, tlisa ID ea rona pele, ha re qeta re re, e ea haeno.  E leng hore ke ka sebopeho seo re ka e sebetsang kateng.

Clause 15, e bua ka Offences and PenaltiesKe ena ea hore na batho ba ka ahloloa ha ho etsahetse joang.  Mona ho thoe, 19(d) is amemded by deleting the words ‘to the police department responsible for Identity Cards or any other, substituting Local Authority. 

Mona e ne e le moo re neng re re haeba ho s’o fumaneha hore joale ho s’o hloka hore tokomane ena e se e se matsohong a hao, ho s’o tlameha hore e tlalehoe ho batho ba lokelang ba thusane hore e fumane beng ba eona, mohlomong e lahlehile kapa lintho tse kang tseno, Molao oane oa khale o n’o bonahala o entse set far too high. 

Ha ID e lahleha haeso Litšoeneng mane,o n’o re ke eo fana ka ID ena Home Affairs e Mafeteng Litšoeneng moo, e re ke e’o fana ka ID ena Mapoleseng Tšupane ho hole, ke Mapolesa a haufinyane ka ho fetisisa ano a Tšupane, joale ho hole.  Joale ke mane moo u tla fumana hore li lahlehile li le ngata, joale…li-radiong mona, beng ba tsona ba sa tsebe le ho tseba hore li lahlehile. 

Joale mona re fane ka monyetla oa hore e le Local Authorities, Moreneng mono, Morena o haufinyane, a ka tseba hore, hela, ke ntse ke batlisa ID kahar’a motse oa ka ka mona, e fumanehile pel’a letamo mane, ke mang mong’a ID ee, le ka tseba moo? 

Ha e batlisoa locally ka sebopeho seno, e ba bonolo ho feta ha ekare ID ea ka e lahlehile Mafeteng, ka utloa e ntse e batlisoa radiong, ‘me ebile ke sa mamela le radio, radio ea Maseru, feela ID e lahlehile haeso Mafeteng Litšoeneng Ha… Empa ha e batloa kahar’a motse ka mono, u’a tseba le mokhohlaneng feela ekare ha ho qetoa ho tšela mobu mono, pele ho tsamauoa eaba ho thoe, ‘hela mong’a ID ke enoa, ID ke ena re ntse re e batlisa mona. 

Re hopola hore ha ho etsoa joalo, e ka tseba hore e fumanehe, le ma-Councilor ke batho ba haufinyane kahar’a sechaba, ba ka tsebang hore ba thusetse le other local authorities tseo re tsebang hore li phela kahar’a motse ka mono.

Ea ho qetela ke ena ea hore motho ha a ka fumanoa a tlotse molao ona o tla ahloloa M15,000 or to imprisonment for a period not exceeding 10 years or both.  Ke penalty e hlahisoang ka hore motho ea ka fumanoang a kena-kena le Molao ona, a o tlola ka boomo, ra ea khotla mane, ra ba ra mo hlola ka nyeoe, a hle a ‘ne a tsebe hore o tjametsoe ke kotlo ea mofuta ofe.

Kea sisinya, Mohlomphehi.          

Clauses 11 – 15:  Agreed to and ordered to stand part of the Bill.  

House resumed

Bill reported from the Committee without Amendments

Question, that Standing Order No. 16 (5) be suspended, put and agreed to

MR. VICE-PRESIDENT: Letona le Khabane, re fetisetse mothating o hlahlamang.

HON. M. LETSOSA:  Kea leboha, Mohlomphehi. 

Ke sisinya hore Ntlo ena e Khabane e fetele Palong ea Boraro ea Setšoantšo sena sa Molao, Hang-hang.

Question put and agreed to

Third Reading

HON. M. LETSOSA:  Mohlomphehi, ke sisinya hore Setšoantšo sena sa Molao se baloe Lekhetlo la Boraro, ‘me se fete.

Ntate, ka ‘nete ke rata hore mothating ona ke lebohe Ntlo ena e Khabane ho tloha ha Setšoantšo sena sa Molao se ile sa tekoa kahar’a eona ka mona, sa fetisetsoa ka Komiting e ikarabellang, ‘me ra bitsoa re le Lekala ho tla tšetšetha litaba tsena tsa Setšoantšo sa Molao, Temana ka Temana, ho hlalosisa hantle hore na re bolela’ng.

Ha e le mona kajeno re fihlile mothating ona oo Ntlo ka kakaretso joale e qoqileng ka Setšoantšo sena sa Molao. Ruri ke utloa ke tlameha ho leboha ka uena, Ntate Motlatsi oa Mookameli, Ntlo ena e Khabane hore ka’nete re sebelitse hantle haholo le Ntlo ena e Khabane.

Ruri Setšoantšo sena sa Molao se bohlokoa haholo, se tl’o re thusa lintlheng tse ngata joale ka ha re se re boletse hore re bone hore re tseba motho ka mong ea kahar’a naha ena, e le Mosotho leha e se Mosotho, ha feela a lula kahar’a ena re mo tsebe, ka ho fetisisa re nke menoana ea hae hobane kamoso menoana eo e tla re thusa ha re ntse re ea pele.

Ka kakaretso, Ntate, ka’nete ke leboha haholo. Ke leboha Ntlo e Khabane ha re sebelitse hantle ho fihlela mona moo re teng.  Ke se ke kopa hore Ntlo ena e Khabane e amohele hore Setšoantšo sena sa Molao se baloe Lekhetlo la Boraro, ‘me se fete.

HON. SENATOR K. L. K. THEKO:  Ke tlatsa Letona le Khabane, hobane taba ena e nthabisa haholo ka lebaka la hore naha ena ea haeso e senyehile lebitso, e na le nalane e mpe haholo ea phano ea boitsebiso. 

Khale ha re ntse re le bashanyana ka bo-1976 ha ho ne ho na le riots in South Africa, Lesotho le ile la amohela batho ba bangata haholo ba hlahang naheng eno likolong, joale hoa ba le nako eo le batho ba masholu a likoloi ba neng ba baleha naheng eo, eaba ba kena kahar’a ea Lesotho.  Che, re ne re reka likoloi re bile re li palama, re tsamaea hohle mona.

Taba e kholo ke ho re e ne e le likoloi tsena tse bitsoang mashala.  Joale re ne re tsamaea ka tsona, re tseba ho etsa litaba tsa boshanyana, ho ba monate le bona batho bao ba ma-refugee hobane ba ne ba tlile le bana babo bona ba masholu.

Re ile ra bona another phase ha ho ne ho na le nako eo ‘M’e Cecilia Laing o ne a rekisa literally lipasa tsa Lesotho a le Singapore, a le Hong Kong, li ne li rekoa literally.

Maoba mona re bone hape ha ho na le pherekano ntho eane ea Ma-Israel.  Re ne re ntse re le tseleng ea ho lokisa hore pasa ea Lesotho e tle e hlomphehe.  Re bile ra qabana le ‘Muso oa Manyesemane o re neng re le a big Commonwealth partner, ba ile ba ba ba re tsoa, ba re re tla kena ka visaVisa has not been there for so many years for Mosotho to go to England.  It shows then hore re hlile re tsamaea tsela e telele haholo.

Hona hoo Letona le Khabane le ho sebetsang ke ho thibela lintho tse ngata tse ka re etsetsang discredit in front of other countries to tarnish the image of Lesotho – Kingdom in the sky, ka mokhoa oo e neng e ratoa e bile e hlompheha.

Ka holimo ho tsohle it is an obligation of Geneva Convention, e fang – le Motlotlehi Moshoeshoe II ha a ile New York ka nako eo Maburu a neng a re a tlile mona Lesotho ka lebaka la ma-refugee o ne a bolele hore, rona re batho ba cross-mopolitan.  Moshoeshoe o hahile sechaba sena ka batho ba bangata haholo, ka merabe.  Re ne re ke ke eare re le baahisani ho latela Geneva Convention ebe re ile ra hana ha batho bana ba tla kahar’a naha.  Ka hona, ke obligation ea rona re le Basotho hore re amohele batho ha ba tla ba hloka thuso.

Ke ‘nete ho na le ba re senyelitseng haholo, batho ba neng ba hlaha bo-West Africa ho etsa discredit ‘me ho etsa penetrate Ofisi eno ea Letona le Khabane.  Ka nako e ‘ngoe e kile ea hla ba lebuba, ba tseba ho etsa infiltrate our identity.

Ba ne ba fumana lipasa hobane ba li reka ho Bahlanka.  I don’t know hore it is because Bahlanka ha ba bona chelete, ba bona integrity ea naha, chelete e tla pele.  Is it because we are underpaying them kapa ke pelo e telele, empa re li fetile tseno tsohle.

Sepheo sa Setšoantšo sena sa Molao ke ho re re be le lipampiri tseo leha e-ba u le motho oa le-refugee le tlohileng habo lona mohlomong ka litšobotsi tse ling, e tle ebe the Director ea Lekala lena joale e tla jara molato hobane a fane ka litokomane ka litsela tse sa nepahalang.  Non-citizen, the refugee and the Mosotho are being categorised ka tsela e khotsofatsang.

Re thabile ka hona, Mohlomphehi, hore Letona le re etsetsa Setšoantšo sa Molao seo re tšepang hore ha se se se fetohile Molao, se tl’o re phekolela tšilafatso ea lebitso esitana le identity ea Lesotho machabeng.

Ka ‘nete ha ke bue maka hore nkile ka tsamaea ka ntho ena eo ho thoeng ke World Vision ke ea Romania, joale ke ne ke tšoere pasa ena e khubelu ea Lesotho.  Kea kholoa ke lilemo tse ‘ne tse fetileng.  Ha ke fihla ke kena kahar’a Spain from Romania ke tla hae, eaba batho bana ke bona ba se ba mpitsetsa ka ofising.  Ha ke fihla ba mpotsa lipotso tse ngata, ba re na hobane’ng ntho ee ha e le ea Diplomat feela ho na le batho ba bangata hakaale-kale ba nang le eona. 

Ke ne ke utloe ke fokola, le ho ba araba, che, ke ne ke se ke halefile, hobane Ma-Spanish ke batho ba very rude and ha ba hlomphe.  Joale le ‘na ka ba joetsa ka re, banna, haeba le tšoere lipasa tsa Lesotho ha ke na boikarabello ho tsona, letsetsang hore na ena  ea ka ke ea ‘nete kapa joang!  Taba e kholo – e ne e le ha ba bonts’a hore ba na le tsona li le ngata, tsona tsena tseo re nkang li le bohlokoa li nkoa ke the Diplomats, feela li ne li nkuoe, ke ho re ba li tšoere e le bundle, li isoa kae-kae.

Che, ke linaha tse ngata haholo in Africa tse rekisang taba ea bosechaba ba bona ho balichaba ba shebile taba e ‘ngoe ea ho fumana ho hong.  It is very hurtful, ha u tsamaea joale etlare ha u qala u hlahisa pasa ea hau, ebe e botsoa lipotso ke batho ba bang, ha u tsamaee hamonate lichabeng.

Ka hona, ‘na ke re ka ‘nete joalo ka bohle ba seng ba buile we applaud this Bill, we embrace it, we support this, ‘me rea hopola hore e tla fokotsa sekhahla sa batho ba ratang ho re senyetsa tšobotsi le lereli la rona machabeng a mang.

Ka mantsoe ana, Mohlomphehi, ke tlatsa hore Setšoantšo sena sa Molao se baloe Lekhetlo la Boraro, ‘me se fete.

Question proposed

HON. SENATOR M. HLOAELE:  Mohlomphehi, ha ke u lebohe ka sebaka sena.  Ka Sesotho ha hothoe ntho e hlahlathuoe ke ho bolela hore e hlanoletsoe ka litsela tsohle kaofela tseo ho ka etsoang, hoo ho se nang letho leo motho u ka reng le setse ho eona.

Ka lebaka leo, Mohlomphehi, ke ne ke sisinya hore u behe taba, re qete ntho ena. 

Kea leboha, Ntate.

MR. VICE-PRESIDENT:  Letsatsing lena hee, rea lumellana.  U tsebe hore hoja ha se uena le Ntate Mohale, ke ne ke hlile ke eme ke beha taba, eaba lea hlaha joale ho bonahala le rata ho bua, ‘me kahoo ke lona le nthibileng tabeng eo.

HON. SENATOR T.M. MOHALE:  Kea leboha, Ntate.  Kannete joalokaha Litho tse seng li buile pele ho ‘na li behile, taba ena e kholo haholo nalaneng ea rona re le Basotho.

 Hape ke hore ka lehlohonolo le litabeng tsena tsa economy re hlokometse hore Lekala lena leo Ntate Letsosa a le ts’oereng –  tsona litaba tsena tsa ho sebetsana le litaba tseo e neng e le sehlabi machabeng, le re thusitse hore mane moo re neng re le teng ka lebaka la ho se ts’oare lintho tsa rona hantle, ese be re fositse meoloane e meng.

Kannete ke re re ananela litaba tsa Lekala lena, haholo ha e le mona li bonahala li tla re thusa litabeng tsena tsa MCC.  Ka ho cho joalo ke re, Ntate, ke tlatsa Sets’oants’o sena sa Molao hore se baloe Lekhetlo la Boraro, ‘me se fete.

Question put and agreed to

The Bill was accordingly Read the Third Time and passed.

MR. VICE-PRESIDENT:  Litho tse Khabane, re fihlile qetellong ea mosebetsi oa rona oa letsatsi la kajeno.

 Ntlo e tla phomola ho fihlela hosane ka nako e ts’oanang ea 10:30 hoseng.

ADJOURNMENT

Thereupon, Mr. Vice-President adjourned the House without Question put, pursuant to Standing Order No. 16 (3).

        The House was accordingly adjourned at 16:05 hrs.