Hansard 16 November 2023

KINGDOM OF LESOTHO

PARLIAMENTARY DEBATES

DAILY HANSARD

OFFICIAL REPORT OF THE SENATE

3rd Meeting – First Session

Eleventh Parliament

WEDNESDAY 16 NOVEMBER, 2023

LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG

1.Hon. Seeiso B. SeeisoPrincipal Chief of Matsieng
2. Hon. Joel A. MotšoenePrincipal Chief of Leribe
3.Hon. Sempe Gabasheane MasuphaPrincipal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan
4.Hon. Mamolapo M. Q MajaraPrincipal Chief of Ha Majara
5.Hon. Tumane MatelaPrincipal Chief of Makhoakhoeng
6.Hon. Moeketsi Moletsane IIPrincipal Chief of Taung
7.Hon. Lerotholi Mathealira SeeisoPrincipal Chief of Mokhotlong
8. Hon. Lerotholi L. Seeiso  Principal Chief of Likhoele
9.Hon. Nthati BerengPrincipal Chief of Phamong
10.Hon. Mojela T. MakhaolaPrincipal Chief of Qacha’s Nek
11.Hon. Seeiso S. H. NkuebePrincipal Chief of Quthing
12.Hon. Nthupi A. Bereng                    Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote
13.Hon. K.L.K KhoabanePrincipal Chief of Thaba-Bosiu
14.Hon. Mitchel S. MaamaPrincipal Chief of Ha Maama
15.Hon Moholobela M. MoholobelaPrincipal Chief of Matelile
16.Hon. Bereng G. Seeiso Api Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake
17. Peete Lesaoana PeetePrincipal Chief of Koeneng le Mapoteng
18.Hon. ’Mako T.MohalePrincipal Chief of Tajane, Ha Moetsana le Ha Mohale
19. Hon. Khoabane T. MojelaPrincipal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso
20. Hon. Retšelisitsoe MopeliPrincipal Chief of Botha-Bothe
21.Hon. Pontšo S. MathealiraPrincipal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere
22.Hon. Qeto SekonyelaPrincipal Chief of Malingoaneng
23.Hon.’Mawinnie KanetsiSenator
24. Hon. Lebona KhoaeleSenator
25. Hon. Thabiso LebeseSenator
26. Hon. ‘Maphakiso LebonaSenator
27. Hon. ’Mabataung Patricia                                MokhathaliSenator
28. Hon.Sehlooho Henry MonatsiSenator
29. Hon. ‘Makholu MoshoeshoeSenator
30. Hon. Neo Matjato MoteaneSenator
31. Hon. Seabata MotsamaiSenator
32. Hon. Richard RamoeletsiSenator
33.Hon. Limpho TauSenator

PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO

SENATE CHAMBER

Thursday 16th November, 2023

The House assembled at 10:30 a.m.

(MR. VICE-PRESIDENT in the Chair)

PRAYER

The Chaplain led the House in Prayer

ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR

MR. VICE-PRESIDENT:  Kea le lumelisa, Litho tse Khabane, le ho le amohela letsatsing la kajeno.  Kea bona hore Mohlomphehi Motlatsi oa Tona-Kholo ke eo a kena. Le uena rea u amohela, Mohlomphehi.

Litho tse Khabane, maobane re ile ra ba le litsebiso,’me har’a litsebiso tseo re li entseng maobane, e ‘ngoe le ile la tsebisoa hore letsatsing la kajeno re tla ba le Polelo e tla etsoa ke Motlatsi oa Tona-Kholo ka mona ka Ntlong, a e etsa joalo ebile e le Letona la litaba tsa Paramente. 

Polelo ena re ile ra hlalosetsoa hore e tla ba holim’a litaba tsa tlhopho-bocha.  Litsebisong tse ileng tsa etsoa ke eona feela khopotso eo ke neng ke rata ho e etsa, ebile ke eona tsebiso eo re nang le eona kajeno.

Kaha Motlatsi oa Tona-Kholo o se a ntse a e-na le rona, re kopa hore re mo fe monyetla oa ho etsa Polelo.  Joaloka kamehla ha a qeta ho e etsa re tla ba le nako e khuts’oanyane hore re fe Litho tse Khabane ho botsa lipotso holim’a Polelo e entsoeng.

HON. SENATOR S. MOTSAMAI:  Point of Order, Mohlomphehi.  Che, ke taba ea guidance feela ka Ntlha tsa Tsamaiso hore na ha joale ho ile hoa etsoa revise the Order Paper ea kajeno e se na eona, na are we in order ho qala ka eona feela joale e sa hlahe?

  Ke taba ea ho hloka tataiso ntlheng ena, Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT:  Kea leboha, Setho se Khabane.  U tla hlokomela hore ha re tl’o ba le lipolelo hase hangata li hlahang Lenaneng la Tsamaiso, ebile ho latela tsela eo re sebetsang ka eona, re li etsa pele re kena litabeng tsa letsatsi.  E leng ho re it is in order hore ebe Motlatsi oa Tona-Kholo a ka tsoela pele joale ka ha ho ile hoa etsoa tsebiso maobane.  Letsatsing lena e mpa ele khopotso feela.

HON. N. MAJARA (DEPUTY PRIME-MINISTER):  Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo ea Mahosana, Bahlomphehi Litho tse Khabane tsa Ntlo, ke ema ka pele ho lona letsatsing la kajeno ho etsa Polelo mabapi le litaba tsa tlhopho-bocha, ha mmoho le litaba tse amang puso matsatsing ana.

Le tla hopola hore ka mor’a hore ke kopane le lona ka makhetlo ke le Letona la Molao, Toka le litaba tsa Paramente ka nako eo, ho buisana le ho shebisana litaba ka leeto la tlhopho-bocha, ‘me re be re fihlele tumellano le lona hore na litaba tsena re li nts’etsa pele joang, letsatsing leo ke neng ke lokela ho etsa ts’its’inyo ea ho fetisa Sehlomathiso Molaong oa Motheo, sa Leshome, the Tenth Amendment to the Constitution, Bill e tloaelehileng ka hore ke the Omnibus Bill, ka Ntlong ea Sechaba, e leng ka la 14 Phato selemong sona sena se holimo, ke moo Ntlo ea Bakhethoa e ileng ea hlokomelisoa le ho fuoa tsebiso ke Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, hore ho na le nyeoe e hlahletsoeng ka Lekhotleng la Molao oa Motheo e qholotsang eona ts’its’inyo eo ea ho teka le ho tsosolosa Sehlomathiso seo ke seng ke se boletse.

Ke boele ke le hopotse, Litho tse Khabane, hore ka mor’a lipuisano tse bileng teng lipakeng tsa ka le Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, joalo ka ha ke le Moetapele oa Ntlo ea Bakhethoa, Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano o ne a ile a etsa qeto ea ho bula Ntlo ea Bakhethoa pele ho nako e tloaelehileng ele ho tla sebetsana feela le ho fetisoa hoa sona Sehlomathiso seo.  Nyeoe eo ke buang ka eona e hlahletsoe hona nakong eo ea Tulo e Khethehileng ka khoeli ea Phato selemong sena. 

Ka lona lebaka leo ke ile ka etsa ts’its’inyo ea hore Tulo ea Ntlo e mpe e chechisoe ele ho fa makhotla a molao monyetla oa hore a sebetsane le litaba tseo ho latela Temana ea 49 (2) ea Melaoana ea Tsamaiso ea Ntlo ea Bakhethoa.

Ka mor’a hore Lekhotla le mamele nyeoe eo le ile la lahla kopo ea balli, empa leha ho le joalo bona ba ile ba nka boipiletso khahlanong le qeto eo ea Lekhotla.

Boemo bona bo ile ba re tlama ho khutlela Tafoleng le Motsamaisi oa Lipuisano oa Ntlo ea Bakhethoa ho shebisana hore na ho sa na le lebaka la hore ebe Ntlo e ntse e butsoe empa e se e ts’oeroe matsoho ke litaba tsa makhotla.  Qeto ea hae e ile eaba hore Ntlo e mpe e koaloe e tle e boele e buloe hape ka nako e tloaelehileng.

Leha ho le joalo ha nako eo e atamela boikeletso eaba hore kaha naha e ne e kene boitokisetsong ba ho ts’oara likhetho tsa Puso ea Libaka, ebile matsatsi a Phomolo ea Boipuso a se a ntse a le haufi haholo, Ntlo e tle mpe e buloe ka morao ho tseo, ‘me ho fetse hoa ba joalo.

Ka Labohlano la la 13 Mphalane selemong sena ha Ntlo e buloa, re ne re hopotse hore re tla tsoela pele ka litaba tsa tlhopho-bocha, empa lehlakore la Bohanyetsi le ile la nehelana ka ts’its’inyo ea ho hloka ts’epo ho Mohlomphehi Tona-Kholo le ‘Muso, ‘me taba eo ea beheloa letsatsi la ‘Mantaha o hlahlamang e leng oa la 16 Mphalane.

Leha ho le joalo, e mong oa Litho o ile a hlahlela nyeoe hona ka ‘Mantaha oo ka Lekhotleng la Molao oa Motheo e qholotsang Sehlomathiso sa Borobong sa Molao oa Motheo – the Ninth Amendment to the Constitution, se tloaelehileng ka lebitso la Kotopo. Nyeoe eo e ntse ele ka pele ho Lekhotla.

Ho sa le joalo, ‘Muso o ile oa etsa maoala ‘ohle ho kena lipuisanong le makhotla le mekha e meng ea lipoletiki ele ho eketsa lipalo tsa oona tse neng li se li thefulehile.  Qetellong ‘Muso o ile oa kena selekaneng le mokha oa Basotho Action Party (BAP) hore ebe karolo ea puso.  Eaba seo se eketsa lipalo tsa ‘Muso ka Ntlong ea Bakhethoa ho tloha ho palo e neng e se e eme ho 61 ka nako eo, ho isa ho 67 ka lipalo tseo tsa litulo tse 6 tsa BAP.

Ha ke khutlela litabeng tsa tlhopho-bocha, lehlakore la ‘Muso le se le emetse qeto ea Lekhotla la Maipiletso la Molao oa Motheo, e leng eona taba e seng e emisitse ts’ebetso ea ho fetisa Sehlomathiso sa Molao oa Motheo ka Ntlong, hobane joale ka ha le tseba, Bahlomphehi, mosebetsi ono o ke ke oa tseba ho tsoela pele ho fihlela ha kahlolo eno e oele.

Ha e le rona ba lehlakore la puso, le tla hopola hore joale ka ha re ile ra le tsebisa, ‘me ra buisana le lona ka makhetlo, re ikemiselitse ho fetisa litaba tsa tlhopho-bocha.  Ke lona lebaka leo re sa kang ra sebelisa tokelo ea rona ea ho qala mosebetsi oo qalong ha re ne re kena pusong molemong oa hore ho ke ho be le khatelo-pele, ha tse ling tsohle li tla ‘ne li chakeloe, etsoe litaba tsa tlhopho-bocha ele leeto.

Ka bomali-mabe bo boholo, taba eo ha e ea re tsoela molemo, ebile ho fapana le seo re neng re se lebelletse, e se e tjeketse ka ho rona ebile re otloa ka eona le ke mafapha a mang a sechaba a hanang ho lumela le ho utloisisa hore litaba tsena moo li seng li le teng li se li le ka Matlong a Ketsa-Molao, li se li tlohile sechabeng.

Ke mpe ke qetelle ka ho le ts’episa hore ‘Muso o ntse o le boikemisetsong ba ho phetha mosebetsi oo oa Tlhopho-Bocha, ntle le bosoasoi kapa ho na ho bapala fuphe ka lefe, hang ha litaba tsa Makhotla li se li felile.

Kea leboha, Mohlomphehi le Bahlomphehi.

(Liatla…)

MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Tona-Kholo, ka Polelo ena.

Ruri ho bohlokoa haholo, ‘M’e – ebile ke batla ho u thoholetsa hore ke ka makhetlo u ba teng ka Ntlong ena ea Senate, u tl’o tla u etsa Lipolelo, ‘me le kajeno u ntse u le teng. E bohlokoa haholo taba eno!

Ke ile ka hlalosa hore ho bohlokoa haholo hore Litho tse Khabane tsa Cabinet li se ke tsa etsa Lipolelo ka mane ka Ntlong ea National Assembly feela, joalokaha ho ne ho etsahala lipusong tse fetileng.

Ha ba ile ba etsa lipolelo ka mane, ba tle ba tl’o etsa lipolelo le ka mona. Ha maemo a lumela, ho ntse ho hlile ho hlokahala hore Lipolelo li tl’o tla li qala ka mona joale li il’o qetella ka Ntlo eane e ‘ngoe.

Ka ‘nete ke batla ho u thoholetsa,‘M’e, le ho kopa hore Litho tsena tse Khabane tsa Ntlo ena li u thoholetse ka mosebetsi ona oo u o etsang, o bohlokoa haholo.

Linakong tse fetileng ho ile hoa ba hoa etsa Litho tse lulang li halefile haholo, li halefetse Bahlomphehi Matona, ba bona eka ba nkuoa hanyenyane ka hore e be Lipolelo li etsoa ka mane ka National Assembly feela, ka mona ha li etsoe!

Ka ho cho joalo, ke se ntse ke ipiletsa ho Mohlomphehi Moeta-Pele oa Ntlo le ho uena Mohlomphehi joaloka Motlatsi oa Tona-Kholo hore ke hlokometse hore ho na le Lipolelo tse ling tse entsoeng ka mane ka National Assembly feela li e-s’o etsoe ka mona ka Ntlong ea Senate.

Ke kopa hore Letona leo le Khabane kapele, ka potlako, a tle ka mona a tl’o tla a etsa Polelo ka mona, li se ke tsa tla ka mona li se li lahlile moelelo, li na le libeke tse peli kapa li na le khoeli li entsoe ka mane, joale e be ke hona li tl’o tla li etsoa ka mona, le sechaba se se se se na mocheso oa tsona. Re kopa li tle ka koano li ntse li le ncha (joalokaha u entse, Mohlomphehi).

Ke ne ke re feela pele ke fa Litho tse Khabane monyetla oa hore li u botse lipotso tse khuts’oanyane, ke mpe ke thetse taba eno. Joale, empa hee, pele ke ba fa, Mohlomphehi, ke lokela hore ke u hlalosetse hore bekeng e fetileng re bile le Motion ka mona o entsoeng ke Morena oa Sehloho oa Leribe, o neng o bua ka tsona litaba tsena tsa Tlhopho-Bocha.

Hantle-ntle, e ne e le takatso ea rona le re Ntlo ea Senate hore ha ho etsoa litaba tsena tsa Litlhahiso, li etsoa ke Ntlo ena e ee e ke ekare Bahlomphehi Matona a amehang ba ka ba teng kapa liofisiri tsa bona, lehaeba Matona a sa be teng ka kotloloho.

E ne e le Motion oo Setho se Khabane Morena oa Leribe a neng a hlile a bonts’a ts’ehetso e kholo haholo le ho ipiletsa ho mahlakore a mabeli ka mane ka National Assembly hore litaba tsena tsa Tlhopho-Bocha li ke li nkeloe holimo ho se ka ‘na hoa bapaloa ka tsona tsa isoa holimo le tlase.

Litho tse Khabane tsa Ntlo ena li ile tsa bua ka matla a maholo haholo, ba ipiletsa ho mahlakore ano a mabeli ka mono hore litaba tsena ke tsa sechaba.

Ho na le moo ba ileng ba ba bonts’a le taba ena ea hore e be ho ‘ne ho thoe li hloka two thirds majority, ha ba utloe hore na ke ka mabaka afe, hobane ha se litaba tsa bona tsena, ke litaba tsa sechaba, ‘me sechaba se li etselitse liqeto, ‘me li ts’oanela hore li fete ka tsela eno li le joalo.

Ka ho cho joalo, hle, ke kopa hore ke se ke be ka bua lolo-lolo; ke fe Litho tse Khabane monyetla oa ho botsa Mohlomphehi Motlatsi oa Tona-Kholo lipotso. Ke kopa e be lipotso tse khuts’oanyane e se ke eaba moqoqo o molelele, Bahlomphehi, hobane le na le metsotso e mashome a mararo feela.

Kea leboha.

HON. SENATOR T.M. MOHALE: Kea leboha, hle, Ntate Motlatsi oa President, leha u re notla litaba tse kana-kana tsa naha, Ntate.

Litaba tsa Tlhopho-Bocha ke litaba tsa sechaba, Ntate Au.

‘M’e Motlatsi oa Tona-Kholo, hoa soabisa hore re le naha e be esale re teta ka litaba tse kana-kana tsa sechaba, re be re qetelle re isana Makhotleng ka litaba tseo eseng tsa rona re le Paramente, ‘me re leboha boikitlaetso ba hau ba ho tla beha leseling Ntlo ena e Khabane ka litaba tsa Tlhopho-Bocha.

Joalokaha Ntate Vice-President a bolela, re ne re hlalosa hore mosebetsi ona oa Tlhopho Bocha ke oa sechaba! Tsena ha se likhang, tseo re le Maparamente re tlamehang hore re tl’o etsa likhang ka litaba tsa sechaba.

Sebopeho sena seo re leng sona re le Maparamente, sea bonts’a hore sechaba sena ha re se nkele hloohong hohang, haeba ha re tlameha ho sebetsa litaba tsa sechaba e be re isana Makhotleng, ka ‘nete hoa soabisa.

Ke ne se ke re ‘M’e, re ne re kopa re le Ntlo ea Senate hore leha re aparetsoe ke masoabi tjena, u ke u re thuse ka mosebetsi o entsoeng ke Paramente ka litaba tsa sechaba. Mosebetsi oa Paramente ke ho ts’ireletsa sechaba, ke ho bona hore sechaba sea iketla. Re ne re kopa hore u re behe leseling hore na Paramente ena ea Leshome le motso o mong, ke Melao efe eo e entseng molemong oa boiketlo ba sechaba.

Re ‘ne mpa re kopa feela hore ha ele mona li-Reform li bonahala li teta ka litaba tsa bosoasoi, u ke u re fe lenane la mesebetsi eo Paramente ena ea Leshome le motso o mong e e entseng molemong oa sechaba, e le ho re hona joale ha re koala ka Keresemese, re tsebe ho tlalehela sechaba hore na Paramente ena e ntse e etsa eng, ‘M’e.

Kea leboha.

HON. DEPUTY PRIME MINISTER. N.MAJARA: Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo.

Ke mpe ke supe hore kea kholoa joale ka ha ke ne ke sa itokisetsa ho tla ka lethathamo la mosebetsi o seng o entsoe, ke tle mpe ke fuoe monyetla hore ke tle ke khutle ke il’o etsa lethathamo leo, ‘me ke tle ke tl’o tla le tekela Ntlo, hobane hona joale ha kea le ts’oara ebile nkeke ka le hopola ka hlooho.

Kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Tona-Kholo.

Rea tseba hore u ts’epahalla Ntlo ena kamehla, ‘me re ts’epa hore ho tla ba joalo.

HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE: Ke u lebohe, Mohlomphehi Motlatsi oa Madam President, ke hlomphe Mohlomphehi Motlatsi oa Tona-Kholo, Tafole ea hau le Litho tse Khabane.

Mohlomphehi, ke utloile hantle ha u teka litaba tsa hau ho ea ho Mohlomphehi Motlatsi oa Tona-Kholo.

Kea kholoa potso ea ka leha e ne e le khuts’oanyane hakaalo, ke mpa ke batla ke ‘ne ke thatiselletse ka ntho e nyenyane feela.

Mohlomphehi, u buile ka taba ea hore ka nako e ‘ngoe litaba li nka libeke tse peli ha ka nako e ‘ngoe li nka khoeli. Ka ‘nete ka nako e ‘ngoe Paramente e ee e be e felloe ke nako ho na le taba e sensitive haholo.

Kea kholoa ke takatso ea rona, Mohlomphehi, hore ‘Muso ekare ha ho na le taba eo re ka e bitsang a matter of emergency o n’o k’o tle ka mona hang-hang ho tla re tekela, e le hore litaba tseo Morena oa ka oa Tajane a li buang ho be bobebe hore re li arajoe, hobane ho bohloko hakaakang ho rona, Mohlomphehi, ha re ea sechabeng, re makala joaloka sona sechaba, leha re sebetsa le ‘Muso ebile e le rona batho bao e leng bo-‘mesa-mohloane ‘Musong.

Mohlomphehi, litaba tsena kea kholoa re ka re ke tsa sechaba, ‘me rea tseba Constitution hajoale – e meng ea Melao e kahar’a eona e ntse e fa Maparamente tokelo ea hore ba ka etsa litaba tse ling tse itseng, feela haeba re kahar’a Ntlo ena e le thomo ea sechaba (ha ke re Ntlo ena, ke bolela Paramente hobane ke Ntlo eona ka Matlo a mabeli, e leng Ntlo ea Mahosana le Ntlo ea Bakhethoa ba Sechaba).

Ekaba hantle ha re ka lulang fats’e, ra ka ra nahanelang taba ena ea Tlhopho-Bocha!

Kea kholoa nka re feela ho Mohlomphehi Motlatsi oa Tona-Kholo, u bona ekare taba ee e tla chabeloa ke letsatsi ha e le moo ho sokolisanoa ka litaba tsa lipalo ka mola ka Ntlong eane ea Bakhethoa ba Sechaba, ebile e le taba e teng kahar’a Molao oa Motheo na?

HON. DEPUTY PRIME MINISTER N. MAJARA: Mohlomphehi, kea leboha.

Joalokaha ke bonts’itse, ka la leshome le metso e mene khoeling ea Phato, ke ne ke le khabareng ea ho fetisa Sehlomathiso sa Molao oa Motheo (Omnibus Bill), ha ke ne ke ts’oaroa matsoho ke litaba tsa Makhotla.

Bahlomphehi ba tla hopola hore litaba tseo li ne li ile tsa etelloa pele ke ‘Moka oo re ileng ra ba le oona mane Maseru Avani moo re neng re memme Paramente, e leng Matlo ana ka mabeli, hore e il’o shebisana litaba tseo ‘me efihlele tumellano ea hore na li tla sebetsoa joang.

Re ile ea e-ba teng moo, ‘me ‘moka o neng o hlahlama o neng o reretsoe hore o tl’o ahe eona tumellano eo kapa consensus ha oa ka oa etsahala, empa ‘na joaloka Letona le ikarabellang, ka ho hlokomela hore joale ke bona eka re ntse re senya nako ho bitsetsa mahlokoreng a mang tafoleng ea lipuisano, a neng a bonahala a sa ikemisetsa ho tla, ke ile ka itjoetsa hore joalokaha ke na le tokelo, joaloka setho sa Ntlo ebile ke le Letona le ikarabellang litabeng tsa Tlhopho-bocha, ke ee, ke il’o teka Sehlomathiso seno maemo a ntse a le joalo.

Ha ke khutlela potsong ea hau, joalokaha ke bonts’itse Polelong ea ka, hang ha litaba tsa Lekhotla li fela, re tla boela re khutlisetse Motion ono ka Ntlong.

Ka bomali-mabe, litaba tsa lipalo tsa ho ketolana hoa ‘mebuso ha li matleng a ka ke le motho, li matleng a Litho tsa Paramente e ronngoeng ke sechaba ho ea etsa mosebetsi oa sona.

Ke sitoa hore ke le motho ke li hlapanyetse, kaha le ‘na ke taba e ileng ea ‘makatsa hore ha Ntlo e buloa re ne re arohaneng, re entse Tumellano, e bileng re e tekenetseng hore re il’o fetisa litaba tsa Tlhopho-Bocha, e be re fumana tsebiso ea hore ba bang ba se ba ikopantse ho liha ‘Muso.

Ke utloa eka ke Karabo eno e joalo e ka hlaha ho bona, hobane ‘na ke karolo ea ‘Muso o ketoloang, I can’t give guarantees hore ba ka nqa eane, ba batlang ho ikopanya ba liha ‘Muso ba ke ke ba e etsa Ha ke na matla holim’a taba eno.

Joaloka ha ba bolela kamehla ha ba ts’ireletsa litaba tseo tsa bona hore ke tokelo ea bona, it’s their democratic right e bileng e hlahang kahare ho Molao oa Motheo, empa ‘na moo ke nang le boikarabello ke ikemiselitse ho etsa sohle ho phethisa mosebetsi oo.

Mohlomong ke tle ke be ke hopotse Ntlo hore mothating ona oo re leng ho oona kamor’a hore ‘Muso o bopehe ka sebopeho sena se secha sa hore party ea BAP e se e kene, le tla hlokomela hore ho ekelitsoe lenane la Matona.

Ka hona, litaba tsa molao le toka ha li sa oela boikarabellong ba ka, li se lina le Letona le ikarabellang ho tsona. Ke ‘nete ke ikarabella litabeng tsa Paramente, empa litaba tsa molao li oela tlasa Lekala la Law le seng le fuoe Mohlomphehi Ramoeletsi. Feela ka lebaka la hobane ke Moookameli oa Ntlo ka mane, ebile litaba tsa molao li ntse li tlamahane haholo le litaba tsa Paramente, ha kea lahla boikarabello boo hore ke ‘ne ke tataisane le eena, ke mo ts’oare ka letsoho hore ke bone hore litaba tsena lia phethahala.

Ke ka hona e leng ‘na ea tlileng ka mona kajeno, hobane ke ‘na ea ntseng a li tseba hantle, eena ke hona a kenang boithutong ba tsona.

Kea leboha, Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Tona-kholo. ha ho buuoa ka taba ena ea lipalo, e nkhopotsa taba e ‘ngoe eo ke e lebetseng. Che, eo ke neng ke sa ts’oanela ho teba hakaalo ka eona.

 Ke ile ka re Litho tse Khabane, nakong eo li neng li bua ka taba ena ea Tlhopho Bocha, ba re ha ba utloe hore na hoban’eng ha e hloka lipalo empa e le taba e etselitsoeng qeto ke sechaba ,ebe joale ka mona e hloka lipalo, ka re

taba eno ea bona e ne e utloahala, empa e ‘ngoe e ileng ea bueea, Mohlomphehi, eo ke neng ke re ke mpe ke e thetse u tl’u e tsebe, ka ha joale u ne u le sieo, Ke ea hore hantle ho ea ka Litho tsa Ntlo ena e Khabane, taba eno ea lipalo should not be applicable Molaong ona oa Tlhopho Bocha ka Omnibus Bill.

Lebaka leo ba neng ba cho joalo ka lona, ke hobane e tsosoa bocha moo e neng e felletse teng; ha ea qala qalong. E ne e ka hloka lipalo ha e ne e qaliloe qalong, empa kaha e tsosoa bocha moo e ileng ea fella teng, ha e hloke 2/3 majority, hobane mono moo e neng e le teng e ne e se e na le 2/3 majority ka mane ka National Assembly, e se e bile e thotse 2/3 majority ka mona, joale hae hloke 2/3 majority.  Hoa eona e se e le feela hore e fete.

 Ke ne ke mpa ke re ke e thetse taba eno.

HON. SENATOR. S. M. G. MASUPHA: Kea leboha, Mohlomphehi Deputy President.

 Ke hampe feela hore ebe ke tlile ke matha, joale ke hlotsoe ho mamela polelo ea Mohlomphehi Motlatsi oa Tona-kholo, empa, che, leha hole joalo ha ho molato.

Taba eo ke neng ke kena ka eona, Mohlomphehi, ke ena –  ke se ke le hlomphile, Bahlomphehi, Motlatsi oa Letona le Letona la ka le bohle Litho ka mona ka Tlung.

Taba eo ke neng ke hlile ke kena ho eona ke ena ea hore ke mpa ke leka hore, Mohlomphehi, ke u hopotse ka taba ena ea Tlhopho Bocha, hore RFP nakong ena ea likhoeli tse tseletseng, ena e ileng ea hlola li-party tsena tse nang le lilemo li le teng pusong, ke hobane boiketo ba eona bo ka sehlohong e ne e le hore ha re qala re kena ka hare ho puso feela, re tl’o bona hore Reforms tsane tse ileng tsa oela li tl’o feta.

Basotho ba ile ba le utloa ba le khetha ka bongata. Mohlomphehi Tona-kholo ha a le ka mane ka lebaleng le leholo la Setsoto ha a amoheloa ke sechaba le Motlotlehi le Machaba, ka hare ho lipolelo tsa hae tse ka sehloohong, ana a itlama hore ‘hang feela ha ke kena ka hare ho office, litaba tseo ke tl’o lietsa ke taba ea Tlhopho-Bocha, tse ling li se li tla latela’.

Nakong eo Puso e na e qalang, Mohlomphehi, ho ne ho le mofuthu, batho ba ne ba s’o be le menahano ena e mekana-kana ena e teng.

Na e be ke toka, Mohlomphehi oa ka, hore e be hofihlela hona joale selemo se felile, taba eno ea Tlhopho Bocha e entsoe, ka mora litaba tse ngata tse fetisitsoeng, ea ba ea qetella e  kena ka hare ho marata a na a mangata a na, ea ba ea qetella e pateha?

Na, Mohlomphehi, taba ee ua e hlokomela hore e bakiloe ke taba ea tieho ea ‘Muso oa rona oo re u ts’epileng, oo re lumelang hore o tl’o phetha litakatso tsa Basotho? Basotho ba utloile bohloko ka puso e fetileng e ileng ea ba phoqa, eaba e lahlela maikutlo a Basotho matjoing. Na, Mohlomphehi, ua lemoha hore Basotho ba ka ‘na ba koata ba le koatela le le Puso hore ho bonahala hore batho ba bapolotiki ha ba ts’epahale?

MR. VICE-PRESIDENT: Litho tse Khabane, ke kopa ho re le se be balelele haholo, re ee tabeng feela, hobane joale nako e nyane haholo. Re fuoe metsotso e mashome a mararo feela; joale le eona e se e ntse e fokotsehile haholo. Taba ena ke ne ke utloile eka Mohlomphehi Motlatsi oa Tona-kholo, o ne a ile a e phetla hore o ile a ts’oaroa matsoho, empa hee, mohlomong a ka khutlela ho eona ho e etsa re-emphasise hakaalo.

HON. MIN. N. MAJARA: Kea leboha, Mohlomphehi, re se ke ra u hanya, Ntate, ke arabe litaba tsa hau to the best of My ability.

Ha ke kena  ka hare ho office, joaloka motho ea neng a fihla, ke ne ke hopola hore ka ha ho se ho na le Omnibus Bill  e teng mono, hoa ka ke hore feela ke e phamole ke ee ka eona  ka Paramenteng. It is that simple! Joaleempa ke ile ka eletsoa ke ba bileng teng leetong lena hore,  a-e, ‘M’e, ha ho sebetsoe joalo. Leha Bill e le teng e na le history eo u sa batleng hore u tle u etse liphoso tseo kamoso li tla u sala morao.

Seo ebang Muso o rerile ho se etsa ho tsoela pele ka leeto lena, o ntse o rerile hose arolela Mafapha ohle a sechaba, empa pele ho moo, a k’u re re u ts’oelle hore na leeto lena ho fihlela mona moo litaba tsena li ileng tsa ba tsa phirimelloa ke letsatsi ho tsamailoe joang.

‘Me hoba ke fumane kutloisiso, leha e ne e sa phethahala ka nako eo, ke ile ka qala joale ho latela boeletsi ba ba tlileng ho ‘na le litsebi le bohle ba tsamaileng leeto lena hore ke qale hape the consultative process ho latela boeletsi. Eo ke ileng ka e hlalosa, leha ke ne ke qala ho tla ka Ntlong ka mona ka khoeli ea bobeli selemong, sena, ke horeke ile ka le chakela ka makhetlo ke ntse ke lefa progress report.

Ke ile ka leka ho hlalosa hore ho bonahala re ntse re tsamaisanang tsela hantle le boholo ba mafapha ‘ohle ao re ileng ra ‘na ra kena lipuisanong le ‘ona, hobane ke hopotsoa ka mehla hore taba ea  Tlhopho Bocha e tlameha ho ba inclusive, e be transparent; nkase e sebetse ke le mong, hobane ke re ke Letona le ikarabellang.

Mohlomphehi,haeba u tla hopola, Morena oa ka, re ne re se re bile re le mothating oo re tekenetseng tumellano ka mane re le Ntlo le Baetapele Pusong le ka Bohanyetsing, ea hore na joale litaba tsena re tl’o li tsamaisa joang. Khale pele ho phomolo ea mariha.

Joale empa khabareng ha ke nahana hore joale re ea moo re qetelang litaba tsa rona, ke ile ka fana ka tlaleho hore joale bona Bahlomphehi ba se ba ‘makatsa, ekare ha re sa tsamaeang ‘moho le liphuthehong ha ba sa tla, ‘me ke mona moo bothata bo ileng ba qala teng.

Ke lumellana le uena hore ehlile RFP e ile ea etsa boitlamo, ‘me re ntse re le boitlamong bono, feela joale ka bomalimabe litaba tsa ho fetisoa hoa melao ha li matsohong a party, li matsohong a Paramente e kenyelelitseng mahlakore kaofela.

Hoa etsahala hore lehlakore le leng le sitise mosebetsi, ‘me ke mona moo re tla iphumana re le maemong ‘ona ana. Ke mona moo leha ke ne ke nahana hore re fitile liqholotso tseno, ke tsoela pele with or without them, ba ileng ba mathela makhotleng eaba ba nts’oara matsoho, ‘me re ntse re le moo. Le kajeno ke emetse qeto ea lekhotla ke tsebe ho tsoela pele ka mosebetsi.

Kea leboha.

HON. SENATOR. M. S. MAAMA: Kea leboha, Motsamaisi oa Ntlo ena. Kea kholoa ebile potso ea ka e khutsoanyane haholo, Mohlompohehi, ea hore taba ena ea Tlhopo Bocha ha se thahasello ea Basotho feela, empa le ea lefats’e ka kakaretso. Ke tsebile hore ha re ntse re etsa Tlhopho Bocha mona, ho na le balisa ba eona ba mekhatlo ea lefats’e, haholo SADC. Ha ke tsebe hore na ke ‘nete hakae, empa ke tsebile hore ho ne ho be  le moeti mona, ‘me a tlile ka memo ea karolo ea Bohanyetsi (kapa le ‘Muso, ha ke tsebe hore na ke ‘nete haka., Mohlomphehi Motlatso oa Tona-kholo, o tla e hlakisa hona mona hore na haele balisa ba eona Tlhopho Bocha ,empa e kikitlela ho baleheloa makhotleng, ‘me batho ba tla balehela makhotleng  ea leboha, hobane re hlompha molao.

Joale empa Mohlomphehi ha ke utloe a tlaleha ho hang hore na moeti enoa a neng a le teng ena o ile a bona le ho eletsa hore na ho uoa pele joang, joalo ka ha e ne e le moeti. Ha ke tsebe le lebitso la hae, empa kea tseba hore moeti one a le teng mona. Ka hoba ekana eaba li ne li se li ntse li kentse maoto ketaneng tjena, re kopa ho tseba hore na ebe o ile a eletsa ka hor’eng, e le moeti a mona lebitsong la SADAC.

Kea leboha, Mohlomphehi, potso ea ka e khuts’oanyane ha kaalo.

HON. MIN. N. MAJARA: Kea leboha, Mohlomphehi, ehlile ho joalo re ile ra ba le baeti, e seng moeti. Kea kholoa ke beke e ka pele ho e fetileng. E ne e le President ea Zambia, President Hakainde Hichilema joale e bile e le the SADC panel of elders e eteletsoeng pele ke Mohlomphehi President ea mehleng ea Tanzania, Ntate Jakaya Mrisho Kikwete, ba hlile ba tlile ka memo ea Mohlomphehi Tona-kholo.

Ba Bohanyetsi bona ha ba ne ba mo ngolletse, ho latela tsebo ea ka, ene e le ka ho ipelaetsa ka litaba tseo ba neng ba re ba sitisoa ho phethisa tokelo ea bona ea ho lia puso. Eena o ne a mengoe ka boemo bona bo etsang hore ebe re qetelletse re le mona joaloka ha litaba tsa rona re le naha ea Lesotho li ntse li s’o ka li tloha tafoleng ea SADC.

Mohlomong ke be ke khutlele morao hanyane, leha potso ea hau e le khutsoanyane, hore le lebaka leo ke neng ke kopane le Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano ka Lekhotleng la sechaba, hore a mpe a bitse a special setting ea Paramente ka August, e ne e le hore ka ’nete re mpe re bone hore re fetisa litaba tsena tsa Tlhopho Bocha re se ke ra emela nako e tloaelehileng ea Paramente. Ke eona nako eo polelong ea ka ke reng ea ba ba re thiba ka makhotla.

Baeti bano ha ba se ba le teng, ba kopane le mahlakore kaofela, ‘me bona molaetsa oo ba o siileng le kopo-taba eo  ba e faneng, ke hore litaba tsohle tseo mahlakore ohle a llang ka tsona li pakelloe ka thoko, hobane tse ling ha ba ne ba re hlalosetsa hore na lehlakore la bohanyetsi le lla kang ka ‘Muso ke hore re mathetse khotla ha ba re ba re liha. Joale re joetsoa hore re hule nyeoe eo.

Ke ho re litsi tsa ts’ireletso li ba etselitse lits’oso ka mor’a hore ebe ba bonts’a ba batla ho ketola puso, ke hore re bonahala re ntse re etsa likhiro ka seoeso-oeso ha re tlatsa statutory position. Empa ea bone e nkhakang, Mohlomphehi (u nts’oarele, hobane joale ha kea ts’oara litaba tsa bona. ‘Me bona karabo ea bona ho rona le ba lehlakore la bohanyetsi ke hore, karabo ea litaba tsena kaofela ehlile e phuthetsoe ka hare ho Tlhopho Bocha: “fetisang Reforms.

Reforms li tla le tataisa hore na khiro li tsamaea joang, taba tsa motion li ka hare ho Reforms. Litaba tsena tsohle tseo le llang ka tsona, likarabo tsa tsona li ka hare ho Reforms,  ‘me rona ha re tla mona re tloha taelo  ea rona e le hore feela re bone hore le fetisa Reforms.

Kea leboha.

HON. SENATOR N. BERENG: Kea u hlompha, Ntate Vice President, ke hlomphe Tafole, Bahlomphehi le uena Motlatsi oa Tona-Kholo.

Potso ea ka ke hore na ua re ts’episa, u ts’episa le sechaba hore hang ha litaba tsena li tsoa, Lekhotla le qetile ka tsona, u tla fetisa litaba tsee tsa tlhopho-bocha na?

MR. VICE-PRESIDENT:  Che! Mohlomphehi Motlatsi oa Tona-Kholo o tla e arabela, feela ke utloile eka mohlomong o tla e sebetsa, hobane ke eena Minister responsible for Parliamentary Affairs. Feela ke ne ke utloile eka o itse litaba tsena li se li le Ofising e ‘ngoe, empa, hee, o tla netefatsa.

HON. N. MAJARA: Kea u ts’episa, Mohlomphei, ke ts’episa le Ntlo hore hang ha li handcuffs tsena tsa Makhotla li tloha matsohong a ka, kea ts’episa, kea itlama, tlhopho-bocha e tla tsoelapele, Mohlomphehi.

Polelong ea ka ke bonts’itse ka makhetlo hore the only thing e ileng ea nts’oara matsoho ke ne ke se ke il’o etsa ts’its’inyo ea ho fetisa taba tsena ke tsona litaba tsa nyeoe. Ho latela Standing Order 83(20), hang ha litaba li le ka Makhotleng ‘me Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano a se a le served ka lipampiri tsa Lekhotla, re se re ts’oeroe matsoho hore re ka kena ka hare ho litaba tse joalo ho fihlela Makhotla a qetile”. Ke eona feela taba e re nts’oereng matsoho; qeto ea Makhotla.

Ke utloile eka Lekhotla la Maipiletso le se le e mametse, ‘me haeba ke hopola hantle ke Labohlano lena la hosane, e, Ntate.

 MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Litho tse Khabane, ka lipotso tsa lona.

Rea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Tona-Kholo, ka hore ebe u lula u le teng ka mona khafetsa u tl’o fana ka litlaleho ho Litho. Ke ntse ke hopola hore ho tloha ka nako eo e leng hore mahlakore a mang a ntse a etsa boycott likopano, u ne u ntse u tla u tl’o re tlalehela hore ”hela! Ba se ba tla re ba sitoa ho tsoelapele.”

U ile ua tla tlaleha litaba tsa Segregation le bohlokoa ba tsona, le hore na ha re sa etse Segregation Bill eo na ke mathata afe ao re tla kopana le ‘ona. E leng taba e neng e sa hlokomeleha ka Paramenteng ea Leshome ha ho ne ho fetisoa Sets’oants’o seo sa Molao, e le sekolokoto feela se kentseng lintlha tse tharo feela tse teng kahar’a Molao oa Motheo.

Ho ne ho fetisistsoe simple majority, ho fetile lintlha tse amang 2/3 majority le tse amang referendum, joale tebello e le hore ha li le joalo kaofela li il’o fumana royal ascent ka nako e ts’oanang. Athe liphephetso li tla ba teng ha ho se ho tluoa litabeng tsa phethahatso on the ground, hobane Ntate Motlotlehi o ne a ke ke a tekenela Sets’oants’o seo sa Molao se kenyelelitse le referendum pele ho uoa sechabeng – joale ho il’o fumanoa referendum.

E ne e tla baka mathata, ‘me rea leboha hore u tlile ka koano. Re kopa hore e se be lekhetlo la ho qetela, u lule u tla u ba teng ka koano ka Ntlong u tl’o etsa lipolelo.

 ‘Me joale ka ha ke ile ka ipiletsa qalong, ka boemo ba hao u le Motlatsi oa Tona-Kholo, ka boemo ba hau u le Minister responsible for Parliamentary Affairs, re kopa hore u thuse Litho tse ling tsa Cabinet hore ba tle ka mona ba tl’o etsa lipolelo ba se ke ba ts’oana le ba Puso e fetileng.

Rea leboha, Mohlomphehi. Le ho araba lipotso ba tle ba tl’o araba ka koano.

Taba e mona ea ho chechisoa hoa lipotso… li ne li checha ebile ke hopola hore Paramente e ile ea qhaloa ho na le Letona le es’o behe leoto la hae ka mona. Ha ke na le bolela ka lebitso. Ke bone hore e ntse e le Setho sa Paramente.

Rea leboha, Mohlomphehi.

Next item, Mr Clerk.

2. PRESENTAION OF PAPERS AND TABLING OF REPORTS

NOTING OF REPORT ON INTERPARLIAMENTARY UNION (IPU) AND THE PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF MOROCCO-PARLIAMENTARY CONFERENCE ON INTERFAITH DIALOGUE.

That this Honourable house revolves to note the report on Parliamentary Conference on Interfaith Dialogue held in Morocco from 13th June to 15th June 2023.

MR. VICE-PRESIDENT: Litho tse Khabane, le tla elelloa hore ho latela Standing Order 102, Litho tse Khabane tsa Ntlo ea Senate ha li ile tsa nka maeto, tebello ke hore ba tl’o fana ka tlaleho ka mona ka Ntlong, ‘me moo ho hlokahalang re ka etsa refer litaba tseo tsa bona kapa tlaleho eo ea bona Komiting e ikarabellang. 

Ka ho cho joalo re na le Motion tse peli tseo ke kopang hore re fe beng ba tsona hore ba tl’o re fa Tlaleho tsa maeto ao ba ileng ba a nka, ‘me ka morao ho moo Litho tse Khabane li tla fuoa monyetla oa ho botsa lipotso moo li leng teng.

HON. SENATOR M. MOKHATHALI: Kea leboha, Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo ena ea senate hore u mphe monyetla oa ho teka Tlaleho ena ea leeto leo ke neng ke le karolo ea lona.

Ke se ke hlomphile Litho tsa h’eso tse Khabane le Tafole ea hao. Ka khoeli ea bots’elela moifo oa Maparamente ea Lesotho ea Leshome le Motso o mong o ile oa mengoa Mokeng o ileng oa ts’oareloa naheng ea Morocco oo oona e neng e le oa LiParamente le baetapele ba litumelo o ileng oa qala ka la 13th June ho isa li 15th June.

‘Mokeng ona ho ne ho menngoe mafapha a latelang: 1.Baemeli ba LiParamente,

 2. Boetapele ba Litumelo,

3. Litsebi ho hlaha mafapheng a fapakaneng.

Mohoo o neng o hlile o tataisa Phutheho ena kapa ‘Moka ona o teng qalong mono ha re shebali pampiri tsa rona hore ka sekhooa ke, Working together for our common future, e leng ts’ebelisano ‘moho ea hore re tle re be le bokamoso bo botle, kea kholoa re le sechaba le lichaba tse fapakaneng tse neng li kopane mono.

Ho tloha Paramenteng ea Lesotho boemeli bo ne bo bopuoe ka batho ba bane:

  1.  E leng Mookameli oa Ntlo e leng ‘M’e Mamokitimi Monaheng;
  2. Honourable Khoabane Theko;
  3. ‘M’e Makholu Moshoeshoe;
  4.  le ‘na.

Ha ke tl’o e bala, ke mpe ke hlalose, empa ke tl’o akaretsa litaba tsa eona kaofela. E leng hore le tle le nts’oarele hore ha ke tl’o tsamaea line by line.

Ke boele ke hlalose hape batho ba neng ba bonahala ba entse organise hore Phutheho ena e be teng e ne e bonahala e le Motlotlehi oa Morocco, Inter-Parlimentary Union, le baetapele ba litumelo ka hare ho Morocco.

Litaba tse neng li buua mono e ne e le tsa bohlokoa haholo joale ka ha ke chulo hore e ne e le hore na mafapha a neng a le teng moo kaofela a ka sebelisana ‘moho joang hore mafats’e a bo bona kapa linaha tsa bo bona kapa sechaba sa habo bona li tle li tsebe ho phela hamonate ‘moho, ba hlomphana, ba amohelana ba hlokomela hore e mong le e mong sebakeng seo a phelang ho sona o phela ka boiketlo.

Puo ea Pulo e ile ea etsoa ke Morena oa Morocco, e leng King Mohammed the 6th le hoja e sa ka ea baloa ke eena. E ile ea baloa ke Mr. Richard Tally Allami e leng President of the Chamber of the Representative.

Eena o ile a hlalosa litaba tse latelang: hore Phutheho eo ea mofuta oo, ke ea ho qala ea mofuta oa eona moo ho bokantsoeng Maparamente le Baetapele ba Litumelo hore ba ke ba tl’o bua le ho ts’ohla litaba tse ba amang le tse amang lichaba tsa bona.

Taba e kholo e neng e bonahala ke hore tlhahisong ea Puo ea hae ke hore ho bonahala ho na le ho se utloane lichabeng, eka ho ba le likhang tseo ha li talingoa, eka li bakoa ke Litumelo, empa ha ho shebisisoa hantle ho fumanoa hore ha se tumelo ka bo eona, empa ke taba ea hore re le lichaba re itima monyetla oa ho utloisisa na Tumelo ka ‘ngoe e reng, ‘me e emela eng.

A bonts’a hore Phutheho eno e entsoe hore Maparamente le beng ba Litumelo ba tl’o bua, ba tl’o qoqisana hore na ha e le mona e le baeta-pele – ba bang le ba bang Baetapele ba sechaba ka tsela eo ba leng ka eona na ba ka sebetsa ‘moho joang hore lichaba tseo ba li eteletseng pele li tsebe ho lula ‘moho ka khotso, li utloisisana, li tsebe ho qoqa litaba tse li amang.

Hona moo o ile a hla a hlalosa hore bona e le naha ea Morocco Morocco ba ile ba itlama hore ba batla hore lefats’e kaofela le tle le nke mohlala ho bona e le naha eo bona ba lumelletseng litumelo tse fapaneng le li-culture tse fapaneng le mekhoa eohle e fapaneng eo ba tsebang ho lulisana ka khotso ba sa loants’ane.

Ho ile hoa bua batho ba bangata, empa ke tla hlalosa feela hore na ba bang ba ileng ba bua ke bafe. E mong ea ileng a fana ka puo ea pulo ebile President of Inter-Parliamentary Union, Mr. Duarte Pacheco le eena o ile a ‘na a bolela hore Inter-Parliamentary Union e na le sepheo seo e thehiloeng ka sona, ena le mandate, ‘me mandate oa eona ke ho bona hore ka har’a lichaba tseo ba nang le botho, ba sebeletsa hore ho be le khotso ho be le social justice, ‘me batho ba phelisane ka khotso joalo ka ha ke se ke ile ka cho le ka kutloisisano. Ba na le lipuisano tse ba tsoelang molemo hore ba tsebe ho utloa monate oa litokelo tsa botho tseo ba lifuoeng ke molao.

Ea mo hlahlamang puisanong eno le eena Secretary ea IPU Mr. Martin Chongong le eena o ile a ‘na a bonts’a hore ho bohlokoa hore batho ba neng ba le teng ka mono, (joaloka rona; re ne re le teng kaofela) ebe re ba lentsoe leng matsatsing ao re leng mono ho fumana maoala a hore na re etsa joang hore religion kapa litumelo ka bo tsona e le sebetsa se matla hakalo-kalo se se ke sa sebelisoa hampe ho qabanya sechaba le ho arola sechaba.

 O ntse a ile a hlolosa le eena hore ke sepheo sa mokhatlo oo a o emelang e leng IPU hore o bone hore litho tsa ona kaofela li lumellana le taba ena, etsoe e le taba ea mantlha ho bona hore lipuisano eba ntho e teng.

Ho feta mona hape-hape e ile eaba President of Pan-African Parliament. Litaba tsa bona li ne li batla li ts’oana kaha le eena kannete o ne a ntse a bonts’itse hore hoa hlokahala hore lefats’e le lemohe hore ho hlokahala hore lichaba li phelisane ka khotso. Hoa hlokahala hore lichaba li utloe lits’ireletsehile ka har’a linaha tseo li phelang ka har’a tsona. Hoa hlokahala hore ho be le botsitso, hobane ha ho na le botsitso batho ba tseba ho utloa monate oa litokelo tsa bona tsa mantlha.

Motho e mong a ileng a buang hape-hape ke Honourable President Mamonaheng Mokitimi,’me le eena o ntse a ile a bua ka tsela e ts’oanang ka litaba tse ts’oanang hore o mametse ba buileng pele ho eena, ‘me e le Lesotho ha ba hanane le tse builoeng mono, empa ka ho otloloha a hla bonts’a hore  oa elelloa ha a ntse a mametse lipuisano tse ka mono hore baeta-pele ba bolumeli ke batho ba bohlokoa haholo ka har’a lichaba tsa bona, hobane lichaba tsa bona li lumela ho bona. Empa ka tsela e ts’oanang  oa elelloa hore le baeta-pele ba lipolotiki ke batho ba bohlokoa ka har’a lichaba tsa bona, ebile ba lumeloa ke lichaba tseo ba lietelletseng pele, ‘me taba eo a e bonts’a e le taba ea bohlokoa hore haeba batho bana ke baeta-pele ka mahlakore a mabeli a ts’oanang sechabeng se le seng o ba bona e le borokho bo ka sebelisoang hore lichaba tseo e leng baeta-pele ho tsona li tlohelle kapa ebe bona ba thusanang hore ba susumetse hore sechaba seo ba se etelletseng pele se utloisisane. Ba thuse hore ba ahe tikoloho eo sechaba se ka ikutloang se phuthulohile hore se bue liphapang tsa sona.

 Taba eo ba eng ba e bua kaofela, ‘moho le eena, e ne e le hore ha ho ntse ho qoqoa ka mono ba elelloa hore leha ba bang e le baeta-pele ba bolumeli, ba bang e le baeta-pele ba lipolotiki, empa ba ts’oana, hobane boholo ba bona ba batla hore ka har’a linaha tseo ba li etelletseng pele hobe le rule of law. E mong o mpa a e bua ka tsela e ‘ngoe e mong a e bua ka tsela e ‘ngoe.

 Ha ke etsa mohlala oa taba eo a neng a e bolela ke hore hona ha ba le joalo ha hona ea ratang ha ho ka bolauoa batho, ha hona ea ka ratang ha ho utsuoa, empa ha ba le joalo e mong le e mong o bua litaba tseno karolong ea hae e fapaneng. Eena a bona eka ho kaba bohlokoa, hobane taba eo re e buang e ‘ngoe; re mpe re boneng feela hore ho ka ba bohlokoa haholo ha re ile ra e kopanela ra e sebetsa joang, hobane taba eona e ‘ngoe.

Ho libui tse ling tse ileng tsa bua mono e ile eaba hore joalo ka ha ke ile ka cho hore Morena oa Morocco o ile a hlalosa hore lintoa li teng empa ha o sheba lintoa tseno ha se tsa tumelo joalo ka ha re hopola, empa ke lintoa tsa se ho se utloisisane, hobane ha re soka re qoqa.

Maparamente ha hona moo a keng a bue le batho ba litumelo, ho re na ha o re “tumelo ea hau e tjena e bolelang eng” hore re e hlalosetsane, re e utloisise, re be re utloisisane moo re nang le kopano teng. Re be re utloisisane le hore na le moo ebang re ka fapana na ehlile phapang eno e etsa hore re qetelle re loana na. Joale ho se utloisisane hono le ho se lumellane hoo hore re utloisisane ho qetella ho etsa hore re be le ho se ts’epane ebe re se re ntse re loana feela re sa tsebe hantle hore na re tseka eng.

Ka morao ho re ebe batho bana ba ileng ba bula phutheho ena e ile eaba joale ho bua libui tse fapaneng ho hlaha linaheng tse fapaneng. Ba bang le ba bang ba hlalosa hore na litaba tsa mofuta o joalo ba li sebetsa joang linaheng tsa bona. Ebile libui tse ngata tse fapaneng. Ba bang ba ne ba hlalosa hore ba se ba hatetse pele haholo linaheng tsa bona ho bopa khotso lipakeng tsa sechaba ka ts’ebeliso ea li-dialogue tsa mofuta o joalo.

 Mohlala, leha ke se ke batla ke timelloetse hore na ke naha efe-  empa kea kholoa e ngotsoe ka mona – e ileng ea bonts’a hore bona ba bile ba na le Ministry o sebetsanang le hore o hokanye litaba tsa bolumeli joale ebe li tla kopangoa le tsa Paramente, hoo e reng ha ho etsoa Melao leha ho etsoa lintho tse amang sechaba ebe maikutlo a boeta-pele ba bolumeli a kenella.

Batho ba Malawi ke ne ke hopola le bona ba ile ba bonts’a mohlala oa bona oa hore bona ka har’a naha ea bona ha ba qobelle hore motho e mong le e mong ea ka har’a naha eno ha ho ba le letsatsi le khethehileng la bolumeli ba hae ebe ho qobelloa ba bang kaofela. Empa ba etsa hore bolumeli bo bong le bo bong bo fuoe monyetla oa hore matsatsi a bohlokoa a bona le bona ba tsebe ho ea keteka.

Ba bang ba ile ba bonts’a hore ka har’a li-Paramente tsa bona ba ba le likomiti tse haetsoeng hore li hokahanye litaba tsa bolumeli ebe ho ba le linako tseo ba bitsang boeta-pele ba bolumeli hore ba tl’o kopana le Paramente joale ba ts’ohle litaba tse amanang le sechaba ebe ba tseba ho etsa meralo mmoho ha ba tsoela sechabeng hore na ha ba ea sechabeng ba il’o etsa joang, hobane ho ne ho hlokomeleha hore lintho tse ling tse arolang sechaba ke lintho tseo ha re ne re ka ra li bua  re ka thusehang.

Mohlala oa lintho tse joalo, ke hore ka nako e ‘ngoe re le li-Paramente re kena li-Paramenteng ka lebaka la lipolotiki ha re etsa liboka tsa rona re ntse re etsa liboka tsa rona ba sebelisa litaba tsa tumelo, feela ba sa li sebelisetse molemong oa sechaba ba mpa ba li sebelisa feela hore sechaba se tle se utloe eka ntho eo ba e buang e ea utloahala.

Mohlala, re se re tseba,( ke mpa ke saka ka hlokomela hore le ‘M’e ‘Mamonaheng Mokitimi o ile a ‘na a cho hore le Lesotho mona o tla fumana hore ha ho na le liboka Thapelo ha e le sieo ebile le baruti ba tla teng ho bula liboka) ka nako e ‘ngoe u be u fumane hore le baeta-pele ba sebelisa li-verse tsa Bible hore ba bue litaba tsa bona feela tseo e reng ha u li latellisa boholo ba tsona e se tse ha hang sechaba, empa e le tse sebelisoang hore ba tle ba bonts’e ba bang ka mokhoa oo ba neng ba be kateng.

E leng ho re litaba tse joalo li ile tsa bua hore hape-hape ha re le –che ha ke e mong oa bona, feela bapolotiki ba na le hore ha ba bua ebe ba nkela haholo hate speech, ba bua ka ba bang hoo e mong a ka reng –   a bua ka sechaba se le seng sa Basotho, ha ke etsa mohlala, ebe o re “sechaba seno ke metsi le oli”. Taba ekang eno e ne e etsoa mohlala oa hore ha u re sechaba se le seng  ke metsi le oli eona polelo eno feela ha e bonts’e hore o khothaletsa o le moeta-pele hore sechaba sena se kopane se bue mathata a sona mmoho.

E ile eaba hore kopano eno ho ne ho buua ka hore Maparamente ha itlhokomele a be a il’o bona ha a fihla linaheng tsa habo bona hore ba khothaletsa hore lipuo tse kang tseo li se ke tsa buua. Empa ea hla ea eba hore na ba ka etsang ka ho otloloha e le Maparamente.

Har’a lintho tse ileng tsa hlahella mona e ile eaba litaba tsa hore ntle le hore re ka qopitsa hore ba bang ba na le likomiti, ba bang ba na le li-ministry ekaba hore na re ke keng ra bona hore ea pele-pele e ne e ntse e le hore IPU eona na e ke keng ea hla ea theha mechanism o tla etsa hore ha ngata kapa ka mokhoa o seng o haehile hantle liphutheho tsa mofuta o joalo oo Maparamente le batho ba litumelo ba ka kopanang., o be teng, empa taba eno a se ke ea fella feela hore e tle e etsoe ke bona; joale eaba hore na le rona ha re se re fihlile linaheng tsa habo rona na re ke ke ra khothaletsa liparamente hore ho be le liphutheho tse joalo moo Maparamente a ka kopanang le batho bana ba litumelo tse fapaneng.

Ke ile ka ba ka bona kamor’a mono, ka hobane South Africa e ne e le teng, eaba ka morao ho mono ka bona South Africa e se e  entse ‘mokahali o moholo joalo ka ona ono moo o neng o kopantse Maparamente le batho ba litumelo, ka bona hore ba se ba re siisitse haholo.

Litaba tseo ehlileng re ileng ra tla le tsona ebile tsona tseno tsa hore ke puisano,’me ha re ka tla e theha mona le rona linaheng tsa habo rona eaba leha re ka ba le likopano tse hlongoang kapa tse thehoang koana sechabeng re ba le likopano ‘moho ka hobane re tlabe re ile ra rala ‘moho hore na ha re se re bona lehloeo le le teng, re bona lipuo tseo re bonang li arola sechaba na ebe re ka etsa joang. Re ka tseba ho ea hlaha sechabeng re le Maparamente re tsamaea ‘moho le boeta-pele ba litumelo hore re il’o ruta sechaba hore taba eno ha e nts’etse naha pele ebile ha e etse hore re utloahale.

 Taba ehlileng e neng e ntse e hlakile ke hore taba ena e tla etsahala ha re e qoqile re utloana. Mohlala oo ke ileng ka o utloa mono ke hore ka nako e ‘ngoe bakreste ha ba utloane le batho bana ba Muslim, ba bang ha ba utloe eka ba bang ba rapela Molimo o ts’oanang, empa botsa Muslims na a fapana kae le bakreste_ ke taba ea hore na feela mekhoa ea bona ea hore ha a hoelehetsa ea holimo na o hoelehetsa joang. Le litaba tse ling tseo li eng li re arole tsa hore bona ba re Jesu ha se Molimo, ha se taba ehlileng e re arolang hakaalo, ke hore phapang feela ke hore bona ba re ke moprofeta. Ebile ba ntse ba mo hlompha ba re ke moprofeta e moholo. Empa ba utloa eka ho mo theolela hore ebe u re ke Molimo ekare joale u etsa phoso. Empa the principles tsa hore na Jesu o emelang, Molimo o emelang, Mohammed oa bona o emelang lia ts’oana, ke lintho tse ts’oanang.

E leng hore taba eo haeba re qoqisane hantle, re tl’o utloa hore re tsamaea ‘moho.

 Kea khola tsa ho qetela tse nka mpang ka li hlalosa mona ke hore eona thuto ena phutheho eno e ile ea khothaletsa hore re se ke ra emela ho e qala haholo ha batho ba se ba le baholo, re leke hore re rute bana litaba tsena e sa ntsane e le qalong tsa hore ho hloeana ke ntho e mpe, ho bua lipuo tse susumetsang lehloeo ke lintho tse mpe.

 Joale empa ho ile haa bonahala ho na le challenge e kholo ea social media e seng e le teng hona joale, ea hore joale social media boholo ba litaba tse fumanehang moo ke mashano a litaba tseo e seng ’nete, ‘me eba litaba feela tse ka etsang hore ka nako e ‘ngoe li promote kapali susumetse hore batho ba bang ba hloee karolo e ‘ngoe ea sechaba e bonahalang e fokola kapa e le vulnerable ka lebaka la hobane feela e sa e batle. ‘Me eaba challenge eo linaha li ntse li e fuoa hore li il’o bona hore na ha li etsa melao, li etsa melao e joang e ka etsang hore e batle e thibela hore social media sebakeng sa ho thusana khahong ea sechaba e tlosoe kapa e notloe-notloe hore e se ke ea sebetsana le ho jala mashano ka ba bang le ho jala lipolelo kapa litaba tse sa batlisisoang hantle feela tseo e reng ha li fihla ho bao ba li joetsoang ebe joale ba tlala litaba tse bohloko.

Re ile ra lemosoa hape-hape hore ha re ntse re etsa litaba tsee, re eo  hlokomela hore litumelo tseno tse ling tseo e bang li  etsa exclude bo-mme le bacha re le Maparamente –  hobane batho bano kaofela ke karolo ea sechaba, ha re il’o kopana le bona re ba khothaletse, re susumetse hore ba lemohe hore taba ea litokelo tsa mantlha tsa botho e re motho e mong le e mong o na le tokelo ea ho etsa worship kapa ho bonts’a bolumeli ba hae ka mokho oo eena a ka utloisisang kateng.

Ke hobane ba ne ba re mmokeng oo ehlile o ke ke oa re litokelo tsa botho lia hlomphuoa, moo batho ba ka haneloang hore ba bonts’e bolumeli ba bona ka mokho oo ba ratang kateng hobane e le bacha kapa e le basali.

E leng hore boholo ba phutheho ena e ne e le hore ka ‘nete re le Maparamente re le Boeta-pele ba litumelo ba neng ba  le moo, re le litsebi ka hofapakana, ha re khutlela mahae re il’o khothaletsa puisano le ts’epano lipakeng tsa mafapha ana a teng hore re il’o bona hore na ka ts’usumetso ea rona le ka ts’ebetso eo re e tsang e mong le e mong moo a emeng re etsa joang hore seriti sa botho sa motho e mong le e mong kahar’a naha se bonahale se hlokomelehile, bolokolohi ba motho e mong le e mong ho latela molao  na bo etsoa joang, e il’o ba ts’ebetso ea rona.

 Re ile ra khothaletsoa le rona hore re il’o bona_ ho ipapisitsoe le naha ka ‘ngoe hore na li structure tse ka hauoang tsa mofuta oo oa hore ho tlo ’nobe le puisano lipakeng tsa bolumeli le Maparamente tse ka tsebang ho etsa meralo e tla kenella ka har’a sechaba na ebe re ka li etsa joang, hobane emphasis e ne ntse e le hore ha re n’o e fihlela ntle le hore re be le moo re ka ra lulang ra qoqisana, ra utloisisana hore na e mong le e mong o emets’eng, ‘me na ntho eo a e emetseng e fana ka ts’usumetso joang hore sechaba seo re leng Baeta-pele ba sona se phele ka khotso.

 Ke nahana hore ha ke chulo tjena ke li akarelelitse.

Kea leboha.

MR VICE PRESIDENT: Kea leboha. Honourable Senator.

 Litho tse Khabane Motion ona o amanang le litlaleho tsa Bahlomphehi ha ba ile ba nka maeto a se Motion o hlokang any seconder, ka lebaka leo ke Teka taba hore Ntlo ena e Khabane e ananele tlaleho ea Parliamentary Conference on Interfect Dialogue held in Morocco from 13th  June to 15th  June.

Question put

HON. SENATOR S.G.M. MASUPHA: (Point of Order).

 Ke ne ke mpa ke kopa feela u kú re thuse re le Litho kaha ho na le lentsoe le thata leo u ileng oa le beha hore ha se puo e amanang le… _ u itse seconder? Kapa ha kea utloa, Mohlomphehi?

 Oh! Ha e tlatsoe? U itse seconder? Okay, kea leboha.

MR VICE PRESIDENT: Kea leboha, Setho se Khabane.

Ke ne hlile ke re Motion ona o amanang le litlaleho ha o hloke ho tlatsoa joaloka motions tse ling tseo e leng hore ha li ile tsa etsoa li hloka motho oa bobeli hore a li tlatse. Lebaka le leholo ke hobane ho na le moo re ka fumanang hore motho o nka leeto a le mong, joale ho mo tlatsa e tla ba taba e thata haholo, hobane joale u ts’oanela hore u mo tlatse hobane joale u tseba litaba tseou ile ua ba karolo ea tsona.

Question again put

HON.SENATORS.G.M.MASUPHA:Mohlomphehi Deputy President, ka ‘nete ke ema mona ke leboha Setho se Khabane se fanang ka tlaleho ena ka makhethe ana a tsotoang; oa bonts’a hore o ne a ile phuthehong o ne a saea Morocco for shopping joaloka Litho tse ling.

Ke mpa feela ke ts’oenyeha feela ke taba ea hore na haeba taba ena o tla khona ho e arabela, Mohlomphehi Setho se Khabane, hore ha ba mengoa ho nka leeto lena ebe ba ile ba ba le kutloisiso ea hore na leeto leno topic ea lona e il’o bua ka eng?

Hape na ba ile ba hlokomela hore re na le moruti ea re etsetsang thapelo letsatsi le leng le le leng mona eo ke neng ke utloa eka ekare e ka be e le monyetla oa hae hore ebe o ile litabeng tsena?

Kantle ho mono re na le Setho ka hare ho Ntlo ena e leng Mofumahali oa mane Rothe, ke moruti.

Na ebe ba ne ba ile ba itlhokomela hore kaofela ha bona ha ba le joalo ha se baruti? Na ba ne ba bona eka ekare ke taba e nepahetseng ea hore ba tsamaee e le Litho feela, empa sehlooho se ne se il’o bua ka litaba tsa tumelo? Na, Mohlomphehi, ba ile ba hlokomela taba eo hore ba ile ba le bangata feela ba sa kenyeletsa moruti ka hare ho bona?

 Ke bile ke e nts’etsa pele feela ka bokhuts’oanyane ka hore ka hare ho naha ea Lesotho re na le lekhotla la likereke moo ke tsebang hantle hore ke mokhatlo o itjereng o neng o ke ke oa hanana lehaeba Paramente e sena chelete e kaalo ea hore ho uoa mono hore ebe batho bao baruti ba ka be ba boleletsoe ba menngoe hore le bona ba nts’e motho oa bona ba bile ba mo palamisa empe ebe bona feela ba itatolang ba re mokhatlo oa rona selemong sena re bona eka ha hoa nepahala.

 Na ebe taba ee, Mohlompheh, i ebe Setho se e hlokometse? Che, leha ke bona hore Madam President ha a eo le Litho tse ling tse neng li tsamaile. Che, mohlomong haeba a utloa ekare potso ena_ che ke beha ho eena ke eena a sa tla khetha hore na oa e arabela kapa o utloa eka ea mo imela.

Kea leboha.

MR VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Honourable Senator Masupha. Ke lumela hore karolo e ‘ngoe ea lipotso tsa hau, Mohlomphehi, e kanna ea ba ke litaba tse neng li lokela ho arajoa ke bookameli ho feta hore li arajoe ke eena tsa delegation hore na delegation e bupuoa joang. Hangata moifo o eang litabeng tsena ka nako e ‘ngoe –  haholo mona moo u fumanang hore liphutheho tsena ha se liphutheho tse statutory (tse statutory ke tse mona tseo  u fumanang hore re tlameha ho ea ho tsona selemo le selemo, hobane joale e le karolo ea teng) joale tsena tseo u tla fumana hore li hlaha e le limemo, eo u fumanang hore ha se statutory, e tla be e le memo e tla be hlaha out of the blue u tla fumana hore hangata li hlile li specific hore na li mema bo mang.

Joale empa hee kea khola ‘M’e President would be much better on that one ho e hlalosa, empa hee, ke ne ke re tse ling ke karolo ea bookameli tseo e ka khonang ho li arabela e arabella Honourable Senator.

HON. SENATOR N.BERENG: Kea leboha.

Ntlha ea Tsamaiso eo ke emang ka eona ke ea hore Mohlomphehi Morena oa Sehlooho oa ha ‘Mamathe a ka ba butsitse Setho se Khabane ha se ntse se eme platform, ha a se a phethetse a qetile ha a na tokelo ea ho mo botsa kaha o qetile, o sa tla bua le eena informal ka ntle ka koana a mo thuse. Ka mona ha a sa lutse a ke ke a hlola a sa ’motsa. Kea kokobela, Ntate.

Che, bo-ntate Manamolela ba tla ntataisa haeba kea fosa, feela ke utloa eka kea nepa.

MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, ‘Me’ Mofumahali Honourable Senator Bereng.

Taba ena eo u emang ka Ntlha ea Tsamaiso ka eona, re ile ra e qoqa le ‘na ehlile ke re ke fumane tataiso, hobane joale ke ne ke bona e le taba e ncha, empa hee, ke ntse ke hlokomela hore ho na le moo re e lobileng hona teng. Ehlile ho latela tataiso eo ke e fuoang ke Tafole koano, ke hore ha ‘M’e a se a qetile a lutse fatše, a ke ke a botsoa lipotso. Hantle-ntle ke ‘na ea ileng a re a botsoe lipotso. Joale taba ena ehlile e bakuoe ke ‘na hobane ke ile ka re a botsoe lipotso. Ho thoe ha a lokela ho botsoa lipotso rather Litho li ka qoqa ka tlaleho ea hae, e seng ho mo botsa lipotso.

Empa hantle-ntle Standing Order sena se hloka ho ntlafatsoa, Litho tse Khabane, se ka qetellong ka mane le tla se bona ke 102. Re ntse re hloka ho se nontša, hobane kae-kae ho na le moo tlaleho ena e tšoantšoang le litaba tsane tse etsahetseng ka National Assembly ha re ne re ile tulong eane ea rona le National Assembly, moo eleng hore Letona la Lichelete le teka tlaleho kapa litaba tseo le li tekang, ha le qeta ho li teka ha li qoqoe ebe re se re qhalana. Empa hee mona ke ‘na ea neng a kopile hore… (Interrupted).

HON. SENATOR S. G. MASUPHA: Mohlomphehi, ka boikokobetso ke kopa ho e hula potso ea ka.

MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Setho se Khabane.

 Ke ‘na ea ileng a baka taba ena ka hore ke kope ho Litho hore li botse ‘M’e lipotso. Empa he,e ke hlaloselitse hore ae kannete, ha a se a le fatše ha a lokela ho botsoa lipotso holimá taba ena.

 Point of Order, Honourable Senator Motsamai.

HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Point of Order ea ka kea hore e ne e ka ba hantle hore ruling ena eo u thusitsoeng ke Tafole, e re fe temana ea Standing Order. I think e tla re thusa hore hanyane ka hanyane re ‘ne re etse progress in terms of ho utloisisa litaba tsena.

Na a ka re thusa hore na ke Standing Order number mang? Che, kea tseba hore ke tokelo ea ka hore ebe ke balile, joale ke tle ke tsebe ho utloa hore na le eona kapa empa e itšetlehile tabeng ea litloaelo ha ho etsoa taba eno. Ke ile ka sheba joale ke re e se be ‘na mahlo a ka a ile a khathalla tseleng, ke mpe ke fumane, Mohlomphehi.

Kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Senator Motsamai, ha se ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e entsoeng cover ke tokomane ena ea rona ea Standing Order ho re tataisa ho sebetsa. Litaba tse ling re li sebetsa ka litloaelo tsa Paramente, hore tloaelo ke hore ho sebetsoa ka tsela e tjena.

Mohlala: Tabeng ea lipotso, Setho se Khabane ha se ntse se etsa present kapa se ntse se teka tlaleho, joale ho na le moo ho hlokang hore se hlakise hantle, se ka botsoa. But ha se se se lutse, Litho li se li ka qoqa ka tlaleho eo a faneng ka eona, joalokaha Setho se Khabane Honourable Senator Masupha pele a ea mane potsong a ileng a qoqa ka litaba tsena.

Honourable Senator Mokhathali a ka etsa note lintlha tseo ebang ke tsa bohlokoa e le hore e tle e re ha a li utloile, Litho tse Khabane li qetile ho ntša maikutlo a tsona, ebe a ka etsa wrap-up kapa eaba eba eena ea ntšang maikutlo qetellong ka morao hore Litho li fane ka maikutlo.

Ka bokhutšoanyane ha ho na Standing Order seo ehlileng se buang ka taba ena empa e le hore feela litabeng tse ling re sebelisa litloaelo tsa Paramente hore na ho sebetsoa joang ka litloaelo tsa Paramente.

 Kea leboha.

HON. SENATOR L. M. SEEISO: Ke kopa ho botsa. Ha ke tsebe hore na ke Point of Order kapa ke potso.

MR. VICE-PRESIDENT: E re Point of Order u tle u tsebe ho utloa… (Interrupted)

HON. SENATOR L. M. SEEISO: Oh! Point of Order ke senotlolo?

 Ke utloa ke sa utloisisi taba ena eo re ntseng re e bua, Ntate Vice-President. ‘Me’ o fana ka tlaleho, joale motho ua e mamela –  u qeta ho utloa tlaleho ea hae –  u tsebe ho ‘motsa lipotso. Ho thoe ka nako eo a ntseng a ntjoetsa ke hle ke ‘motse ke e-s’o utloe hore na o qeta hore eng?

Ke utloa ke sa utloisisi tloaelo ena ea Paramente, haeba ke ea Paramente kapa ke ea Senate.

Ke ne ke lebelletse hore motho o tla fuoa hore a fane ka tlaleho ea hae, ‘me joale ha re utloile tlaleho ea hae re tsebe ho bua holimá eona. Ke utloa eka le re ha a ntse a bua mono ke hle ke ‘motse empa e le hona a ntse a ntjoetsa tjena le tjena!

 Kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Ehlile ho joalo, Setho se Khabane. Honourable Senator Bereng Morena oa Sehlooho oa Phamong ehlile ke eena ea ileng a re thusa ka Ntlha ea Tsamaiso hore, ae, kannete! Ka nepo ha Setho se lutse se qeta ho etsa tlaleho re ke ke ra se botsa lipotso. ‘Me ka tataiso ea Tafole re hlalositse hore ha ho na le lintlha tse sa hlakang tlalehong eo a fanang ka eona, u botsa nakong eno eo a ntseng a etsa present. U ka phahamisa letsoho ua botsa.

Re tla fana ka monyetla hore u botse a hlakise lintho hantle feela joalo ka ha Morena oa ka oa Sehlooho oa ‘Mamathe a ile a re ke hlakise taba eo ke neng ke bua ka eona ha ke ntse ke bua mona, eaba kea e hlakisa.

Ehlile ho chuo joalo, Ntate. Ehlile ho tšoanela hore ho be joalo. U tšoanela u mo botse nakong eo a ntseng a bua; ha e le litlalehong mona. Ha ho na le moo ho sa hlakang, u hle u phahamise letsoho u mo botse ka eona nako eno. Ha a se a lutse u se u ka ntša maikutlo holimá litaba tseo a li buileng, eena o tla li etsa note e le hore nakong eo a etsang wrap-up mohlomong a tle a etse comment holim’a litaba tseo ho buuoeng ka tsona.

HON. SENATOR L. M. SEEISO: Point of Order, Ntate Vice-President.

MR.VICE-PRESIDENT: Point of Order Morena oa ka oa Mokhotlong.

HON. SENATOR L. M. SEEISO: Kea leboha, Ntate.

 Joale le utloa tloaelo ee e le tloaelo e nepahetseng? Kea utloa ho thoe ke tloaelo ha e eo ka hare ho Standing Orders, ke tloaelo ea rona. Le utloa ele tloaelo e etsang hore mosebetsi o tsoele-pele kapa ea hore motho u khone hore u botse lipotso tse nepahetseng hore le nqobelle hore ha u nts’u bua mono ke e-s’o utloe hantle hore na u ntse u r’eng, pele u qeta ebe ke se ntse ke batla ho u botsa lipotso kapa ke se ntse ke u botsa lipotso? Ebe ha se tloaelo e tlamehang ho fetoha ee?

MR. VICE-PRESIDENT: Kaha re na le Komiti ea rona ea li-Standing Order, moo ebang re bona ekare ho na le moo tsela ea rona ea tšebetso e sa tsamaeeng hantle, khothaletso ekaba hore re etse lintlafatso. Joalo ka ha re bontšitse hore mohlomong le sona Standing Order se amanang le ho tekoa hoa litlaleho ka Ntlong sa 102, mohlomong re ntse re hloka hore re se chakele, re se ntlafatse mona le mane, joalo ka ha ke bontšitse.    

E leng ho re haeba ho na le moo re utloang eka mosebetsi ha o rethethe hantle, re ka etsa likhothalletso, Setho se Khabane, hore Komiti ea rona ea li-Standing Order e etse lintlafatso e le hore mosebetsi oa rona o tsebe ho rethetha hantle ka Ntlong ka koano.

 Kea leboha.

HON. SENATOR S. G. MASUPHA: Ntlha ea Tsamaiso ea ho qetela.

MR. VICE-PRESIDENT: Ntlha ea Tsamaiso, Honourable Senator Masupha.

HON. SENATOR S. G. MASUPHA: Kea leboha kannete, Mohlomphehi, joalo ka ha ke hutse potso ea ka ho khaola litaba, hobane ha ke na khang. Ha nke be ke be le khang e telele moo ke utloang litaba ehlile li nepahala.

Ke ne ke re, Mohlomphehi, Point of Order eo ke hlahang ka eona ke ena; ke ee ke hlokomele eka ka hare ho Ntlo haeba ho na le khang eo e bang ha e eo ka hare ho li-Standing Order, joalo ka ekang eona ena – ena ho thoe ke tloaelo. Ke utloa eka taba ena, Mohlomphehi, na e ne e ke ke ea ba toka hore taba ee e mpe e tekeloe Ntlo, Litho ebe tsona tse khaolang khang kapa uena, Mohlomphehi, u le Setulo u fane ka ruling hore na uena taba ena u ne u e beha ka mokhoa ofe?

 Ke utloa eka e ne e le oona mokhoa o nepahetseng, Mohlomphehi;

 Kea leboha. 

MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Setho se Khabane Honourable Senator Masupha.

Ke ne ke nahana hore ke ne ke hlakile hore ke ne ke entse ruling eo e neng e ipapisitse le Point of Order e neng e fanoe ke Morena oa Sehlooho oa Phamong. Ke eena ea neng a ile a fana ka Point of Order, ‘me kamora hore ke fumane boeletsi ba Tafole, eaba ke etsa a ruling ka taba ena. ‘Me ke kopa hore ruling ena e mpe e eme e le tjena (ha ke na hore e-be a permanent ruling)… Ke kopa hore e lule ele ruling e tjena hofihlela ha re lutse fatše joale re shebile hore na re ka etsa lintlafatso hokae le hokae molemong oa hore ha re sebetsa re rethethe ka mokhoa o batlang o le motle, re se ke ra khibela mona le mane.

Honourable Senator Motsamai.

HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ha ke lebohe, Ntate Motlatsi oa President, ke ikamahanye le tlaleho ena tabeng ea ho e lebohela ka lintlha tse peli. Motho u ile oa nyarela, kannete ua li sheba tse kahare ka mona tsa teng. Empa feela ke khahloa haholo tabeng ena e buang ka Constitutional Legal and Acknowledging Rights.

Ke e bone e le ntlha ea bohlokoa haholo eno, kahoo nka khothalletsa Litho hore li tle ‘ne li bale li ee pele. Mohlomong li ka ikopanya le ba tsamaileng ba tle ba ba fe le li-presentation haeba e ka ba lintho tse teng. E ka re thusa haholo, hobane taba ena ea li-freedom, Bahlomphehi, ke ntho e  kholo haholo hobane the morale decay eo re e bonang khetlong lena lefats’eng –  ba nang le lipotomane ba hanyapetsa ba senang letho, ‘me taba ena haeba lefats’eng boetapele boo re neng re bo tseba re bona  eka ke bo hloekileng, joale re sitoa ho sireletsa ba senang matla, ke nahana hore taba eno mohlomong e tla re qholotsa hore ha re sheba taba ea li freedom, re utloisisa le taba ea li constitution tsa li naha na re ka sebetsa joang.

Ke mpa feela, che, motho ka botho bona bo reng, tho! U ne u ntse u ipotsa hore na, hao! ‘Moka o motle hakaale, o boima ha kaale, ho thoe o hlaha boinahanong ba Morocco? Morocco e ntseng e hatelletse naha eno ea West Sahara mono e hana ho ba fa boipuso ba bona ba ba hatelletse feela u k’u utloe lintho tse ngata hakana tse hlahang mono.

E mpa e ne e le hona ho makala hore, hee banna! Rea ikhalala le rona re le Lesotho haeba bo0-Morocco ba se ba hlahella ka pele, bahatelli ba tje! Ho ts’oana leha ho ne ho ka thoe taba ena e il’o ts’oareloa ka har’a Israel. Kannete ho ts’oana leha ho ne ho ka thoe re ee Israel re il’o ts’oara ‘moka ona o il’o bua ka freedom, o il’o bua ka eng. Ke ho re re ne re tl’o its’oara lihlooho.

Joale empa ke re ka ha thuto ha se ntho e nang le mathata, ke taba ea bohlokoa haholo. ‘Na ke re kannete rea leboha ha re qhatselitsoe mats’ela nokana, e se eka re ka a beha pel’a rona ra a bala hore re tle re tsebe ho bona hore tse molemo tse hlahang ka mona-che, re sa shebe hore na li ne li etsoa ke naha efe feela tse molemo tse hlahang tsona, tse re thusang ho tataea ho ea pele re le Ma-Africa, re le Sechaba sa Basotho, re ke re bone hore na re ka e sebetsa joang taba eno.

 Ka-nete ‘na ke ne ke mpa ke re, Ntate, ke amohele taba ena ka mantsoe ano a hore re ke re shebe – hobane le hona joale ka-nete mathata a Lesotho mona a tabeng ea Constitutionalism, boleng le boemoba Molao oa Motheo oa rona.

E boetse e fihla e qopetsa ka mane ka moo ke reng ke litokelo tsa rona, hobane bothata boo re nang le bona ke litokelo tsa rona hore na tsa ka li fella ho kae moo tsa hau li qalang hona teng. Taba eno ha e ne e se joalo re ka be re sena lenyora la matla. Re ka be re sena lenyora la maleo, hobane re ne re tlabe re utloisisa hore re qala kae, mang eena o qala ho kae. E mong le e mong o ne a tla nka se moo a leng hona teng a sebetse ka sona ho fihlela se mo hloellisa moo a batlang hona teng.

 ‘Nete ea teng batho ba na le li taba-tabelo, ba na le li-ambition ho ea holimo ho nka setulo se ka holimo-limo sa lipolotiki, empa taba eno-ntho eo ke mpang ke bua ka eona ke hore litaba tsena li re thusa haholo ha re li nyarela.

Ho boetse hape ha ke sheba tabeng ea hore na likamano tsa tumelo ekasitana le Paramente, boemeli ba tumelo (faith based)-che, mona ke bone ho ngotsoe religious groups – ke hore na re amana joang re le Ntlo ea Paramente ka matlo ana a mabeli le bona. Taba ena e sebetsa hantle haholo, Bahlomphehi.

Maoba mona eitse ha ke re ha re pataleng baruti bana ba rona ho tsoa cheleteng ea ‘muso, ka bona le sa e bone hantle joale ke ena e ea hlaha ka har’a report. E itlhahisa ka hore ho ts’oanela ho be le likamano, kereke e bapale karolo ea eona khahong ea Sechaba le khahong ea likamano tsa eona leha ho etsoa melao.

 Ua bona hore na taba ee e beoa kae? Hao! Bona e tlabe e sale ba sena letho batho baa ba Molimo!  Esale re ba tseba Baruti baa ba sono? Kannete ha re ke re bone hore na re nyollang joang, re ets’eng likhafa!

Joale feela hee, taba eane e ntse e leng teng ea hore le bona ba hloekise matlo a bona. Ha ho bolele feela hobane ha ke hlaha monyako ha nka ipitsa eena e se e le ha u lumetse. Ae, kerekeng ha ho thoasoe, Bahlomphehi.

HON SENATOR S. S. NKUEBE: Potso, Mohlomphehi.

MR VICE-PRESIDENT: Potso ka Morena oa ka oa Quthing

HON SENATOR S. S. NKUEBE: Kea leboha, Mohlomphehi Vice-President.

Ke botsa hore na hase moo moo e leng hore ha baruti ba fuoa chelete ba khola likereke tsee li tl’o tlala naha ee joalokaha li se li ntse li runya letsatsi le chabang le le likelang?

 Kea leboha.

HON SENATOR S. MOTSAMAI:  Ke mpa feela ke e amohela hobane e le potso, ntate, empa ke ne ke tlare, che, ha e hlahe ka har’a report eo Setho se Khabane ‘m’e Mokhathali a buang ka eona. Ke ne ke mpa ke thala feela, ntate. Sehoba ha se lata pina sea takalatsa.

Ae, Ntate, akere joale ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e tla tataisoa ka melao le li tsamaiso tse tla ba teng. Re lipaki ka Ntlong ka mona hore re tataisoa ke taba ke ena e bitsoang Standing Order. Le bona ba tlaba le melao ea bona e ba tataisang. Moo Standing Order kapa moo melao eo e fokolang ho tla tlisoa litloaelo joaloka tsena tseo re ntseng re li fuoa mona hore re tlise litloaelo.

Le tsona litloaelo tsena re ts’oanela re li etse quantify, Ntate Manamolela. We quantify them, re eketsa list ea tsona so that Litho lia tseba.

Le uena ha u se u thehile kereke eo ea hau, Morena oa ka oa Quthing, u tla tataisoa ke melaoana e tataisang hore na congregation ea hau e be boemong bo joang, e sebetse ka baruti ba ba kae ho latela population ea eona. u tla e sebetsa ka tsela eno u bone hore na u e etsa joang.

Ke nahana eno ea melaoana e tlabe e arabetse taba eno ka kotloloho.

 Joale empa ‘na ka-nete ke ne ke se tabeng eno letsatsing lena. Ke ne ke mpa feela ke e hlahisa feela mono moo ho buuang ka likamano tsa Parliament and religions. Ke taba ea bohlokoa haholo eno.

Haeba Maparamete a putsoa, kajeno baruti le bona ba putsoe nakong eno eo ba etsang mosebetsi oa bona. Ke ne ke mpa ke e sheba ka leihlo leno la hore re seke ra batla haholo ho bona joale rona re fana hanyane ho bona. Taba eo e tla re thusa hore ka-nete le batho ba rona ba lumelang likerekeng ba se ke ba be ba se ba hanyapetsoa haholo ke beng ba likereke.

Joalokaha ke bonts’itse, Ntate Motlatsi oa Mookameli, lintlha tseo ke li boneng ‘na ke tseno tseo ke reng likamano tsa Ntlo ea Paramente le religious leaders, litaba tsena tsa Constitution ekasitana le li freedom ka mokhoa oo li leng kateng –  hobane re ts’oanela re hooeng ka lentsoe le phefa, Bahlomphehi, hore moloko ona oa rona o fetohele ho utloisisa lintho tse  kang tsena hore re bope ts’obotsi ea lefats’e ka mokhoa oo re ka etsang ka teng.

 Kea leboha, Mohlomphehi.

MR VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Setho se Khabane.

 Honourable Senator Mokhathali, ha ke tsebe le haeba u na le mantsoe ao u ka ratang hore u a akhele kapa li-comment tseo u ka ratang hore u li etse pele re fetela tlalehong ea bobeli.

HON SENATOR M. MOKHATHALI: Kea leboha, Motlatsi oa Mookameli.

Ka-nete ehlile ha kena mantsoe ntle le hore ke lebohe Mohlomphehi Motsamai ka taba eno, hobane  mohlomong e ka ‘na eaba ke e ‘ngoe ea litaba tse buuoeng feela emphasis ha e eaba teng tlhalosong ea ka litabeng tseno, ‘me ke utloa e le tlatseletso e nepahetseng.

Tlatseletsong eo ke neng ke utloa eka ha kea e bonts’a haholo ke hore tabeng ena ea lintoa, ehlile ho ba bangata libui tse ileng tsa ba teng mono li ile tsa bonts’a taba ena ea hore batho ba batlang ho hatella lichaba kapa Sechaba sa habo bona ehlile ba sebelisa religion. Ka nako e ‘ngoe u tl’o fumana hore ba tseka land kapa ba tseka li rafshoang tse teng ka har’a naha eno, feela hobane ba tseba hore ha ba ka ba hlalosa taba eno hore ehlile re tseka land, sechaba seno se ke ke sa tseba ho qabana hantle, ba sebelisa tumelo hore e tle eke re na le phapang tumelong, re tle re loane ka eona.

Ke hobane ha ho bonolo hore e hlalosehe, ‘me ka lebaka la hore joale le rona ha re nke khato ea hore re e hlalose, ho ba bobebe hore batho bao, ka mantsoe ao nka reng ke litsotsi, ba tsebe ho e sebelisa hore re ‘ne re qabaneng ho ea pele.

Ka mantsoe ana kannete e kaba eona taba eno ea hore ha motho u ne u mametse litaba tseno u ne u utloa litaba tse mathe maloli hona hoo u neng u ka li lakaletsa hore le Paramente ea haeno e tle e be le li structure tse joalo tsa moo ho ka kopanang Ma-Paramente le batho bano ba bolumeli, haholo joalokaha Honourable Motsamai a cho, a re re bona morale decay o ts’abehang haholo ka har’a sechaba sa rona haholo ho batho ba bacha.

 Ke ntse ke belaela hore beng ba litumelo, hobane batho bana ehlile ba lumeloa haholo, baa ratoa ebile ba hlomphuoa haholo. Ha ba ne ba sebetsana le Paramente hore ho ee thuto sechabeng e reng re batho ba le bang, re sebeletsa Molimo o le mong, re sebeletsa toka ea e mong le e mong, re sebelletsa seriti sa motho e mong le e mong le bolokolohi ba motho e mong le e mong re le ‘moho, taba eno e ne e ka utloahala haholo sechabeng.

 Kea leboha.

MR VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Setho se Khabane. Ke ne ke bone hore honourable Senator o ne a ts’ositsoe haholo ke taba ea Morocco hore na Morocco e se e le sebete hore e ka ts’oara ‘moka oa mofuta ona, empa ba ntse ba hatelletse Western Sahara! Joale ke ne ke nahanne hore u tla mokhoba mats’oafo ka hore u bone hore Morocco e bonahala e le ready ho fa Western Sahara boipuso. Joale, che, (laughing) ha kea utloa u cho joalo.

Question put and agreed to

MR VICE-PRESIDENT: Litho tse Khabane, ke kopa hore re nke tlaleho ena e amohetsoe ke Ntlo ena e Khabane, ‘me re fetele tlalehong ea bobeli ka honourable Senator Majara.

Honourable Senator.

HON SENATOR M.L.Q. MAJARA: Kea leboha, Ntate Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo. Ke lebohe Tafole le Litho tse Khabane tsa Ntlo.

Ke fana ka tlaleho ea Phutheho ea Baokameli ba Ntlo ea linaha tsa CommonWealth ea Africa Region e neng e ts’oaretsoe Cameroon ka la 17-21 July Selemong sona sena. Moifo o ne o bopiloe ka:

  1. President ea Ntlo ea Senate;
  2. Le ‘na ke le Setho se Khabane;
  3. le Clerk ea Ntlo Advocate Ts’eliso Molise;
  4. e bopiloe ka Secretariat eleng Miss Moorosi.

Linaha tse neng li le teng phuthehong e joalo li bile 18 out of 21 tsa Africa Region. Theme ea letsatsi e ne e le African Parliament and Agenda 2063. Tse ts’ohliloeng e bile Climate Change.

Linaha li lumellane hore, joalokaha phetophetoho ea leholimo re e bona, e re thefula tlhahisong ea lijo, linaha tsa lumellana hore tlhahiso ea lijo ka har’a linaha tsa Africa le mebuso e kenye maano a macha ho iphepeng hoa linaha.

Ea bobeli, e bile khoebisano ea linaha. Khothaletso ea eba hore linaha li nolofatse maqhama a khoebisano; li tsetele haholo temong molemong oa tlhahiso e ntle ea lijo.  Ho ile hoa lumellanoa hore joalokaha ke bolela hore taba boholo e ne e itsetetse holim’a tlhahiso ea lijo, likhothaletso tse bileng teng koano joalo ka ha ke li hlalositse, ke bone ebile li nqholotsa hore ho ka ba le motion ka hare ho Ntlo koano, oo ke seng ke bile ke ntse ke o bopile, ‘me ke tla o teka ka hare ho Ntlo, ho latela likhothaletso tseo re neng re li fuoa phuthehong e joalo.

Re tla hopola hore naha ea rona ka Ntate Motlotlehi, e leng champion litabeng tsa lijo, ke eona e ileng ea nketsa hore likhothaletsong tse joalo ke utloisise hore ke lokela ho ba le litaba tseo ke li tekang kahare, re li ts’ohle re le Ntlo, ho thusetsa ntlafalong e joalo ea peho ea lijo.

Phutheho ena joalo ka ha ke boletse hore e ne e le ea Presiding Officers, re bile ra bolelloa hore phutheho e hlahlamang e tla ts’oareloa Botswana ka selemo sa 2025.  E leng ho re ho feta selemo lipakeng ebe e ts’oaroa ka selemo seo sa 2025.

Kea leboha.  Tlaleho ea ka e khuts’oanyane e fella mona.

MR. VICE-PRESIDENT:  Rea leboha, Setho se Khabane, Honourable Senator Majara.

Question proposed.

HON. SENATOR N.L. BERENG:  Kea leboha, Ntate.  Ka uena, Ntate, kea leboha, hore Ntlo ena e Khabane e amohele Tlaleho ena e tekiloeng ke Morena oa Sehlooho oa Ha Majara, le hoja ho bonahala litaba tsa nature li ile tsa iketsetsa litaba tsa eona.  Ke ne ke batlile ho utloa hantle ha a thethesa bohali, a bua ka Tlaleho ena.

Kannete, Ntate, ke ile ka ba lehlohonolo la ho fihla Cameroon mono, moo a neng a ile hona teng, leha ke ne ke sa isoa ke ‘Muso oa Lesotho, ke ne ke isitsoe ke Pan African Parliament hore ke e’o shebella likhetho mono, ke il’o ba observer.  Kannete e ile eare ha a ntjoetsa hore o ea Cameroon, ka re, leha motho a ka ba a re o tla mpha chelete, hase moo nka bang ka ea teng.  Kea kholoa ke hobane mohlomong eena o ne a ile moo ho leng hole, ‘na ke ne ke ile moo ho thoeng ke Duala koana, moo ho neng ho se na moo ho sa nkheng mosese, motho le lintho tse makatsang feela.!  Ka ba ka mo joetsa hore, u hl’u se ka mpa ua siea mask.

Joale empa, hee, che, kea kholoa ke ile ka utloa a ntjoetsa ha a khutla hore, ae kannete, ba ne ba isitsoe moo ho neng ho le hantlenyana.  ‘Nna kannete PAP le Phamong haeso ha ho joalo ka Duala, moo ke neng ke le hona teng.  Che, hase moo taba e leng hona teng.

Kannete ke batla ho lebohela Tlaleho ena le ho sheba litaba tseo e leng hore e li phuthetse.  Ke bona ka ho background ka mona hore e entse address liqholotso tsa lijo Afrika, le hore e leke hore e nyolle ho tsetela haholo litabeng tsa temo, molemong oa hore re hlole mathata ana a pheto-phetoho ea leholimo.

Ke bona hore President ea Cameroon e ile eaba le hona hore e bule phutheho eno. Ho ile hoa ba le batho ba bang ba bane, e leng Mayor Yaundi le bano ba bang (ke ts’aba ho bitsa mabitso a bona, ke se ke ka tloha ka rohakana, hobane ke bona a le thata ka tsela eo e behiloeng kateng).

Kannete litaba tsena tse behiloeng mona li behiloe ka bokhabane bo boholo, ‘me lia bonts’a le hore na ke linaha life tse neng li le mono Cameroon.

 Ke rata haholo taba ena ea Climate Change, kea kholoa e pelong ea ka, hobane ke motho oa sehoai, ‘me ke bona ka linako tsohle re bua, empa ha re phethahatse.

Lesotho mona ha re ntse re hola, ho n’o na le letsatsi leo ho n’o thoe ke National Tree Planting Day, leo ho neng ho lengoa lifate naha ka bophara, ‘me hona joale tjena ha ho sa ba joalo.  Re se re e etsa feela ka tsela eo ekang rea chita tjena, hobane u tla fumana ka nako e ‘ngoe ho tla thoe bohlanka bo tsoe, bo il’o lema lifate.  Ba bang ba tla ea, ba bang ba tla kena likoloing ba ee Ladybrand kapa Bloemfontein.

 Kea kholoa ha ho n’o ka hoa khutlisoa mokhoa oane oa ho lema lifate, naha ka bophara, e hle ebe letsatsi la phomolo letsatsi leno, re tsebe hore re hlole mathata ana a pheto-phetoho ea leholimo.

Kea bona hore mona har’a lintho tse ling tse ileng tsa ts’ohloa mono, ho ile hoa bonts’oa hore ho lengoe lifate at the national, state, provincial, country and constituency level.  Imagine ha re ne re ka khutlela tabeng eane ea ho lema lifate.  Le teng re se ke ra lema lifate hobane feela ho thoe re leme lifate.  Ho na le tse ling tseo e leng hore moo li ileng tsa lengoa, e se e le mathata, e se eba mathata a komello, e se eba mathata a hore lifate tseno moo li leng hona teng li ja haholo mobu, li ja haholo metsi, e se eba ho s’o ba le bothata.

Ke lumela hore mohlomong ha re ka bona hore le lifate tsa litholoana ke tsona tse nkang mojaho oa pele, molemong oa hore re hlole tlala, leha ekaba eaba motho e mong a ka bona eka ke tlala ea nako e khuts’oanyane, hobane lifate tseno li beha ka nako eno e khuts’oanyane, re li ja ka nako e khuts’oanyane, lia fela, empa ha e shebahale joalo, hobane re tla betla mangangajane, re etse can.

 Kea hopola ha ke ntse ke hola e ne ekare ha ke ntse ke re ke lapile, nkhono oa ka o ne a mpulela botlolo ea liperekisi ha a sa pheha, ke ja ka papa, eba ke hantle.  Ke lintho tseo re ka li etsang.

Ke bona hape mona ba buile ka taba ea ho loants’a corruption.  Ehlile eona kannete ke bona eka e re imetse haholo.  E re imetse Africa ka bophara, hobane re ne re tseba hoane pele Nigeria e le eona naha eo e leng hore e ne e imetsoe ke corruption, empa hona joale tjena kannete e batla e re imetse haholo.  Ke ho re hona tjena motho haeba o nahana ho etsa letsoho la monna, joale o k’hoak’holotsa sohle kaofela.

Ke hopola ka nako e ‘ngoe ke le hona Nigeria koana, joale bohlanka bo re joetsa hore, ‘‘M’e, hore le tle se ke ‘ne la sechoa, ba le tonosisa, ba le nyolosisa, ha le tsamaea mohla le khutlelang hae, le kenye chelete kahar’a Passport’. Ke ne ke ile ka ba lehlohonolo la hore ke fihle pele, eaba ke joetsa ‘M’e eo e neng le Speaker ka mona ka National Assembly, hore, ‘‘M’e, re fumane ho le tjena, ho le tjena,’ eaba ‘m’e eno o re, ‘ke siile batho ba sotlehile hampe ha habo rona koana, nke ke be ka tla fa makoere-koere ana chelete mona hole hakana, Nigeria.’ Ka re, ‘e-e, ‘M’e, ke seo re se fumaneng, che, u s’u tla bona.’  Re ile ra e siea joalo le moifo ono oo re neng re tsamaile le ona le ‘M’e ‘Mamokhali (moea oa hae o phomole ka khotso le mohlanka eno) eaba ‘m’e ea sa re mamelang, a batla a sala Nigeria.

Joale libuka tsa Commonwealth, ba ileng ba tsamaea liphuthehong tsa Commonwealth, b’a tseba hore na li tla be li le ngata hakae.  E tla be eka u tsoa sekolong, li tla be li le kana.  Joale ba mo hlohlorisa mokotla, ba mo rolisa lieta tseo a li roetseng, a le bohale feela, a nts’a re, ‘how dare you,’ le secha diplomats!  Ba re, oho, rona ha re fihla ho bona ha re ts’ehe, ke bona ba kotsi hampe diplomats!  Eaba sefofaneng mane motho o nts’a hoelehetsa a re, hela passenger so-so, sefofane sea o siea.  Ba re, ‘ae, h’a eme mono, re sa mo secha.’ Kannete a matha.

Ha ke tsebe hobane Mohlomphehi eno ebile e ne e le motho ea tloaetseng ho tsamaea, hore na lieta tse telele o ne a li kene ka eng lifofaneng.  Eaba oa matha! Ua tseba o ile a matha a qetella a se a ts’oere lieta tseo ka matsoho, a sa nts’a matha ka maoto!  Hoa sala hanyane sefofane se mo siea.

Ke ne ke mpa ke batla ho bonts’a feela hore kannete taba ena ea corruption, e re imetse haholo feela hoo re sa tsebeng hore na ebe re tla lopoloha ha e le neng.

Ke bona mona Tlalehong ho boetse ho buuoa ka taba ea hore ho boele ho chakeloe melao e tsamaisang khoebo, lipakeng tsa linaha, ho lumella ke hore re itloaelitse hampe hore ho tsoaka Sekhooa le Sesotho) hore lithepa (yah, ke se nepile) le its’ebeletso hore li tsamae habonolo within the continent, ka hare ho continent ea Afrika le to balance power maotong a mararo a molao, maotong a mararo a ‘Muso, e leng Executive le Judiciary le bo-Ketsa-Melao.

Kannete ke bona Tlaleho ena – le hoja re e filoe ho s’o thoe, ke ena, kannete ke bona e le ntle haholo.  Ha re fihla hae re tla ithuta eona hantle.

Ntate, u sa ntsane u le hona mono moo u lutseng hona teng, ke utloa ke rata ho leboha haholo ka mohato ona oo o u nkileng oa hore Litho ha li ile tsa tsamaea, li tle ka Ntlong li tl’o tla li tlalehela Ntlo.

Ha ke ntse ke etsa chair Komiti ea HIV/AIDS, ha ke s’o bone ‘M’e eo ke neng ke mo rata joalo ka ‘M’e Khauhelo Ralitapole.  Ho bonahala batho bana ba nang le title ea DR. ba kotsi, le mohaisane o kotsi hampe pel’a ka mona… (LITS’EHO)…Ke ne ke tsamaea le ‘M’e Khauhelo Ralitapole, a etsa chair ka mane ka National Assembly, ke etsa chair ka mona.  ‘M’e Khauhelo ha re tsamaile le eena, haeba re tlameha ho khutlela hae ka Labohlano, re ba le letsatsi la la Labone re ntse re lutse mono, re sa tsamaee – ‘M’e Khauhelo re ne re tl’o qeta letsatsi leno kaofela re ngola report.

 Ha re fihla lifofaneng Gauteng, ha ke s’o bone ‘m’e ea neng a reka libuka tse ngata hakaalo, a nts’a re, ‘li tlo re thusa ho etsa reference mona.’ U fumane ‘M’e Khauhelo cheleteng eo a e filoeng ea ‘Muso, ebe ‘M’e Khauhelo o entse spend bo-M2,000 ha ke lutse ka mona se ke tla bona usher e mpitsa e re ‘M’e Khauhelo o re u ee le il’o qetela Report. Ka ‘nete ne re li ngola li-report Ntate haholo feela ha ho na nako eo, re kileng ra tla tl’o tlalehela Ntlo ka mona. Ke ne ke e ngola, ha ke qetile ‘M’e Khauhelo ka sekhooa sa hae se selelele sa li-doctor, ebe o tla etsa check moo input ea ka e ileng ea ba teng, le eena o se a entse reference ea Libuka tsane tsa hae. Ebe re li fa ntate Maluke, ebe eena o fihla a li etsa distribute, a fa Litho joalo ka li-usher feela ha li re fa li-document. Joale hore na ba il’o bala ha ba fihla hae, Litho mane hobane ka nako e ‘ngoe ha a ba joetse hore ke Report ea hore re ne re tsamaile ka eona.

Ka ‘nete Ntate ke mpa ke batla feela hore ke lebohela mohato ona o u nkileng oa hore re tl’o fana ka report ka Ntlong eseng re u fe letsohong. Ka nako e ‘ngoe le uena ka lebaka la mosebetsi oa hau o mongata, ebe ha ke u file report, ke sa e atisa e le joalo ebe kannete oa iteballa, u e beha ka ofisinge ea hau ka mono. Ha ke chulo tjena, Ntate kea leboha.

MR.VICE PRESIDENT: Re leboha haholo ‘M’e Mofumahali ka li- comment tseno tsa hau, tse bohlokoa haholo ruri, e leng lintlhanyana tse tharo tse nyane. Ntate Maluke kea mo tseba haholo. E ne e le Clerk nakong eo ke neng ke le PS ea Public service.So, re ne re etsa interact haholo le eena. Ea bobeli, ka ‘nete taba ena ea litlaleho e bohlokoa haholo hobane ke le leng la mats’oao a maholo Litho tse Khabane la accountability. Ele hore re ke be ra sebelisa Chelete ea ‘Muso, ra nka maeto eare ha re khutla, eaba ha hona litlaleho tseo re li etsng. Ha re qala re etsa joalo, e tla etsa hore e re ha re nkile maeto, ebe re lula re etsa dodge li-conference, re ea mabenkeleng joale u fumane hore ke monyetla oa ho etsa shopping hobane joale ha re tl’o tlaleha. E bohlokoa haholo taba eno ea ho tlaleha, ke lets’oao le leholo la accountability ‘me e ts’oanela hore e qale Paramenteng mona re fane ka mohlala. Ele hore joale re tsebe ho ea e batla Makaleng koana ho Matona, le ho li ofisiri tsa ’Muso, e theohe joale ho fihlela e il’o fihla tlase. Ka tsela e joalo, re tla tsoela Basotho molemo o moholo haholo.

Ea ho qetela, Mohlomphehi u buile haholo ka bohlokoa ba taba ea lifate. Ha u ne u etsa comment tabeng ena ea Hon.Senator Majara, joale ke lumellana le uena ka taba eno ea bohlokoa ba lifate. Ke ne ke re, nke ke etsa share taba e nyane feela le Litho tse Khabane hore ka selemo se seng, nkile ka nka lifate ka il’o li fa sekolo se seng. Joale eare ha li qeta ho lengoa moo, ho etsa hore bana ba sekolo ba li hlokomele, ba nke boikarabelo ho lima tsona, nako eo ke etsang mantsoenyana a mabebli, a mararo, ka ba hlalosetsa hore lifate tseo tse ba li lemmeng, e mong le mong a shebe seo a se lemmeng. A tsebe hore ha a ka bona se pona kapa se shoa, ke lets’oao la hore bokamoso ba hae bo lerootho ha hona mo a eang teng ka bophelo. Taba eno e ile ea etsa hore bana bano ba hlokomele lifate tseno, hona hoo li ileng tsa atleha hobane joale (tlhokomeliso eo) e ile ea ba bakela stress haholo ba ipotsa hora ha sefate se ka pona kapa, sa shoa ha ba  n-a ba le bokamoso, empa e ne e le ts’oso feela ho etsa hore ba li hlokomele!

Question put, and agreed to. 

Rea leboha Litho tse Khabane, re nka Tlaleho ena eo re e teketsoeng ke Hon, Senator Majara e ananetsoe le ho amoheloa ke Ntlo ena e Khabane. ‘Me taba ena e re fihlisa pheletsong ea mosebetsi oa kajeno Litho tse Khabane. Ntlo e tla phomola ho fihlela ka Labobeli hoseng ha hora ea leshome e fetile ka metsotso e mashome a mararo.

ADJOURNMENT

Thereupon, Mr.Vice President Adjourned the house without question put pursuant to the Standing Order.

The House accordingly Adjourned at 12:57p.m