KINGDOM OF LESOTHO
PARLIAMENTARY DEBATES
DAILY HANSARD
OFFICIAL REPORT OF THE SENATE
5th Meeting – First Session
Eleventh Parliament
Date: Tuesday 21st May, 2024.
LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG
1.Hon. Seeiso B. Seeiso | Principal Chief of Matsieng |
2. Hon. Joel A. Motšoene | Principal Chief of Leribe |
3.Hon. Sempe Gabasheane Masupha | Principal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan |
4.Hon. Mamolapo M. Q Majara | Principal Chief of Ha Majara |
5.Hon. Tumane Matela | Principal Chief of Makhoakhoeng |
6.Hon. Moeketsi Moletsane II | Principal Chief of Taung |
7.Hon. Lerotholi Mathealira Seeiso | Principal Chief of Mokhotlong |
8. Hon. Lerotholi L. Seeiso | Principal Chief of Likhoele |
9.Hon. Nthati Bereng | Principal Chief of Phamong |
10.Hon. Mojela T. Makhaola | Principal Chief of Qacha’s Nek |
11.Hon. Seeiso S. H. Nkuebe | Principal Chief of Quthing |
12.Hon. Nthupi A. Bereng | Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote |
13.Hon. K.L.K Khoabane | Principal Chief of Thaba-Bosiu |
14.Hon. Mitchel S. Maama | Principal Chief of Ha Maama |
15.Hon Moholobela M. Moholobela | Principal Chief of Matelile |
16.Hon. Bereng G. Seeiso Api | Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake |
17. Peete Lesaoana Peete | Principal Chief of Koeneng le Mapoteng |
18.Hon. ’Mako T.Mohale | Principal Chief of Tajane, Ha Moetsana le Ha Mohale |
19. Hon. Khoabane T. Mojela | Principal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso |
20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli | Principal Chief of Botha-Bothe |
21.Hon. Pontšo S. Mathealira | Principal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere |
22.Hon. Qeto Sekonyela | Principal Chief of Malingoaneng |
23.Hon.’Mawinnie Kanetsi | Senator |
24. Hon. Lebona Khoaele | Senator |
25. Hon. Thabiso Lebese | Senator |
26. Hon. ‘Maphakiso Lebona | Senator |
27. Hon. ’Mabataung Patricia Mokhathali | Senator |
28. Hon.Sehlooho HenryMonatsi | Senator |
29. Hon. ‘Makholu Moshoeshoe | Senator |
30. Hon. Neo Matjato Moteane | Senator |
31. Hon. Seabata Motsamai | Senator |
32. Hon.Richard Ramoeletsi | Senator |
33. Hon. Limpho Tau | Senator |
PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO
SENATE CHAMBER
TUESDAY 21st May, 2024
The House assembled at 10:30 a.m.
(MR. VICE PRESIDENT in the Chair)
PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer
ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR
MR VICE-PRESIDENT: Kea le lumelisa, Litho tse Khabane, kamor’a phomolo ea libeke tse peli kaofela. Hantle-ntle ebile ha hoa nepahala hore ke phomolo, hobane ke kamor’a mosebetsi o boimahali, o mongata haholo oa libeke tse peli oo re neng re o etsa ka ntle ho Ntlo ena.
Bekeng eane ea pele re ne re nchafatsa litsebo tsa rona, re na le Programme ea Induction mane Thaba-Bosiu eo ‘na ke nkang e ile ea tsamaea hantle haholo, ‘me ke rata hore ke le lebohe Litho tse Khabane ka hore e be ruri re ile ra etsa mosebetsi o motle haholo le ho itlhahloba ka botebo, ‘me taba eno e mpolella hore re khutlela mosebetsing kajeno re le mahlaha-hlaha, re le mafolo-folo, re tletse ka matla re bile re nchafetse, hobane re ile ra etsa mosebetsi o moholo haholo o kenyelletsang le ho itlhahloba.
Bekeng e hlahlamang eno, e leng bekeng ena e felileng re ile ra seka-sekana le Strategic Plan sa Ntlo ea Senate sebakeng sa lilemo tse hlano tseo re tlang re li lebile kamor’a hore e be Strategic Plan sa pele sa Ntlo ena ea Senate se ile sa felloa ke nako.
Ruri ona ke mosebetsi o bohlokoa haholo hobane o tl’o tla o re tataisa hore na re tl’o tla re tsepamisa likelello le maikutlo a rona holim’a lintlha life tse kholo nakong ea lilemo tse hlano ho tloha haajoale ho fihlela 2025.
E leng hore, ‘nete ke hore re entse mosebetsi o moholo haholo leha ho sa fela feli-feli, empa tebello ke hore kamor’a nako e khuts’oanayane haholo mosebetsi ono o tla bo felile joale Ntlo ena e o hlohonolofatsa re tseba hore re kene khabong.
Kanete ke ne ke re ke nke monyetla ona hore ke le lebohe ka tsela e khethehileng, Litho tse Khabane, ka mosebetsi oo le ileng la o etsa o motle haholo oa nako ena ea libeke tsena tse peli tse qetang ho feta.
Ke kopa hore ke fete taba eno ea liteboho le lithoholetso sebakeng sa mosebetsi ono oo re o entseng libeke tse peli tse fitileng, ke tle tabeng ea litsebiso, Litho tse Khabane.
Re na le litsebiso tse hlano kajeno:
- Re le Paramente ea naha ea Lesotho re le tsebise, Litho tse Khabane, hore re na le baeti ba fihlileng Lesotho koano maobane ka Mantaha oa la 20 Mots’eanong, 2024. Baeti bana ke baeti ba tsoang Paramenteng ea Manyesemane mane England. Ke moifo oa Maparamente a England koana, ba tsamaea ‘moho le moifo oa Bahlanka ba Commonwealth Parliamentary Association ho hlaha hona mono UK (United Kingdom).
Baeti bana le tla ba hopola hore ba kile ba ba teng koano – haholo-holo bana ba CPA, ha re ne re khutla likhethong ho tla re ts’oarela thupelo eane e ileng ea ts’oaroa ho hlahlella Litho ka litsebo kamorao ho likhetho tse neng re tsoa ho tsona tsa naha tsa 2022.
Ha Ntlo e phomola hona kajeno, Setulo se tla ba le kopano e khuts’oanyane le lona ho shebisana litaba tsa ketelo ea baeti bana ba rona le ho qoqa ka eona ha khuts’oanyane e le hore re tle re itukisetse ho kopano le bona ketelong ena ea bona koano Lesotho.
- Tsebiso ea bobeli, Litho tse Khabane, ke kopa hore le fuoe Pampiri e tala ke Tafole koano ea Tlhahiso e tla buuoa hosane ka Laboraro. Tlhahiso ena ke Tlhahiso e reretsoeng ho phomotsa Ntlo ka Labone la la 23 Mots’eanong, 2024, e le ho lumella Litho tse Khabane tsa Ntlo hore li tle li ee kopanong le baeti bana ba rona bao ke qetang ho ba hlalosa, ba tsoang mane UK e le Litho tsa Paramente ea UK ba tsamaea ‘moho le moifo oa CPA.
- Tsebiso ea boraro, Litho tse Khabane, ke hore re na le Sets’oants’o sa Molao sa Centre of Accounting Studies Bill, 2024, seo ke kopang hore se fetele komiting e amehang ea Ketsa-Molao ho latela Standing Orders tse amehang.
- Tsebiso ea bone Litho tse Khabane ke hore Lekala lane la Mesebetsi e Meholo le Lipalangoang (Public Works and Transport) le kopa hore Litho tse Khabane li tle li hlophise likopi tsa li-disk tsa likoloi tsa bona le li-ID ‘moho le certificate of registration. Sena se etsoa ka sepheo sa hore Litho tse Khabane li tl’o tla li etsetsoa li-disk tse nyalanang le li-plate number tsa likoloi tseno tsa bona tse official.
- Tsebiso ea ho qetela, Litho tse Khabane, ke ea hore hona kajeno, kamor’a nako ea lijo tsa mots’eare, komiti ea Ketsa-Molao (Legislation Committee) e tla ba le kopano le Lekala la Khiro le Bosebetsi mabapi le Lesotho Insurance Association ka Workman’s Compensation Regulations tsa 2024.
- Tsebiso e ‘ngoe e sa kenellang mona, Litho tse Khabane, empa eo ke kopang hore le ntumelle hore ke e fetise ke ea hore le ea hopola hore hosane ke letsatsi la Lipotso le Likarabo tsa Matona, ‘me re lebelletse hore Lipotso tse botsitsoeng Letona la Matla (Energy), Letona la Likhokahanyo (Communications) le Letona la Metsi (Water) – re lebelletse hore Lipotso tseo ba li botsitsoeng ke Litho tse Khabane ba tl’o tla ba ba teng ka Ntlong ka koano hosane ho tla li araba.
Litsebiso li fella hakaalo, Litho tse Khabane.
Next item, Mr Clerk.
MOTION
MOTION 22. Establishment of Intelligence Commercial Land.
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Kea leboha, Ntate Vice-President, Litho tse Khabane le Tafole.
Ke ema mona ho sisinya taba ena ea hore re le Ntlo re kope ‘Muso o Khabane oa Ntate Motlotlehi ho inahanela hore o ke o etse setsi kapa ntho eo re ka ra e bitsang commission kapa ho ka bang le lebitso le relevant litabeng tsena tsa mobu, e le hore ha ts’ebetso eno ba nahana ho e sebetsa e be ele e ka bopuoang ka mafapha a fapakaneng a ka re thusang linthong tse kholo tsa hore mobu oa naha ena o laolehe, ‘me o sebelisoe ho latela boemo ba oona.
Ke bona ntho ea ka mona e nqaka, ke kopa ke tle ke fane ka eona, Ntate Vice-President, ke bue ka eona….
A VOICE FROM BEHIND: E-ea hana!
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ke bona eka ba mpitsitse, ho na le batho ba ka ‘nang ba mpetsa ka har’a Ntlo ena ke ee ke hlokomele…
ANOTHER VOICE FROM BEHIND: Ha u sa tle u ikatetse, , re tla u tsokutla! (laughter).
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Mohlomphehi, kanete kea kholoa joalokaha ke se boletse hore Ntlo ena e inahanele taba ena ea mobu, Ntate Motlatsi oa Motsamaisi oa Ntlo, e kholo haholo hobane ho na le lipolelo tse matla tse supang bohlokoa ba taba ea mobu tse kang, “mobu ke letlotlo, mobu ke matla!”
Ka lebaka la bohlokoa le bohlokolosi ba teng ekaba bohlokoa hore ha re o atamela ho latela maemo a teng hona joale a tobileng lefats’e ka bophara – ‘me mathata ana a re tobileng re le naha ea Lesotho ho kenyeletsa le lefats’e a ipakeloa feela ke lintlha tse ngatanyana tseo mohlomong motho re ka buang ka tsona mona hore e kholo-kholo ke hore tlhahisong boleng ba mobu bo bonahala bo ntse bo hola.
Mobu o bonahala o etsa gain more currency matsatsing a morao tjena, ‘me taba ena feela ea hore ho na le ba ka o nkang ka mokhoa oa chelete, ka booona feela ho bolela hore ho tla ba le liqholotso, hobane ho tloha qalong ho ne ho ntse ho se na maikuto a hore mobu ekaba taba e ka rekisoang.
E ‘ngoe hape e ntse e le taba ea hore na re o sebelisa hantle mobu ona na?
Le tla ba lipaki, Bahlomphehi, hore maemo a teng hona joale ao re nang le ‘ona, a kenyelletsang a rona re le batho, a etsa hore re be le boinahano bo bocha.
Taba ea pheto-phetoho ea boemo ba leholimo (climate change kapa ntho eo nka e bitsang climate pressures) bo bonahala bo etsa khatello holim’a mobu, ‘me tlhahiso ea teng e bonahala e tla ba e tlaase haholo, haholo-holo ha re tla tabeng ea hore na re ka tseba ho etsa tlhahiso ea temo ka makala a eona a fapakaneng; e ka ba taba ea lekhulo, taba ea ho hlahiso lijo thollo, ekasitana le tse ling, holim’a mobu!
Taba eno ka boeona feela e re fa bothata, ‘me re hloka boinahano bo boholo haholo hore na re ka atamela joang hore re tle re tsebe ho bona hore taba eno eo re buoang ka eona e tla re thusa haholo.
Ha re ka ra e sheba ka lehlakore la hore mohlomong re batla hore mobu o sale, o sale e ntse e le a productive and ecological valuable land e ka re thusa haholo ha re ka ra e sheba ka tsela eno, hobane ha u e sheba ho batho ba bang taba ea mobu re se re tseba ho etsa linoka ho eona, leha re ne re nahana hore noka ke tlholeho.
Le lipaki, Bahlomphehi, hore re ile ra fihla ra fapohisa metsi ‘me a leba naheng ea Libya a fihla a etsa liphetoho tse kholo ka mor’a hore a iketsetse noka a tloha ka hare ho nokana, ho fihlela metsi ano a thusa, ‘me a ne a ntse a tsamaea holim’a mobu.
Litsing tsa mobu lea tseba linaha hore lia loana, li tseka mobu. Taba ena e etsa hore le rona ha re tseka meeli, e qetella e le mobu taba eno hobane mobu ke letlotlo, o ts’etse ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe.
Re sa ntsane re le hona moo, mathata ao re nang le ‘ona hae mona ke bona ka hare ho mobu oa temo re saka ra etsa meralo e nepahetseng, empa re nyolla matlo kahare ho oona. Taba ena ha re ke ke ra e sheba ka leihlo le nchocho, ba ntseng ba ba le tokelo ea ho aba mobu, ba ntseng ba n a le tokelo ha ba sa tataisoe, ke ntho eo re tla tla re bua ka eona ka morao ho mona hore na re ka etsang joang, re tla bona re le sechaba se tla hloloa ho iphepa,’mere sa hloke ho iphepa feela e le hobane re se na moo re ka lemang hona teng hobane ho bile le kholeho ea mobu. Har’a tse ling, lekhulo le qhephang ke e ngoe ea lintlha tseo ke r’eng ke ema ka Tlhahiso ena.
Tlhahiso ena e tla hape hobane ‘nete e teng, Bahlomphehi, ke hore ha re na moo re ka reng re laola ts’ebeliso ea mobu; eka ba ka structure se le seng, ekaba ka molao o le mong. Esita le hona joale ekanna eaba re na le melao e mene, kapa ekanna eaba hase eona feela, empa ke eo ke kopaneng le eona. Land LeasesAct(No.18) ea 1969 re ntse re na le eona, Bahlomphehi, eo re ntseng re lutse le eona. Local Government Act ea 1997, Land administration 2010, e leng Land Act ea 2010.
Ha li le joalo, e ‘ngoe le e ‘ngoe e-na le setsibana ka taba ea mobu, empa re ka tseba ka hore na hona le moo ba hokahanang teng, litsi tse tsoetsoeng ke melao eo ka mokhoa oo ho leng kateng. Ona oa Land Husbandry Act ea 1969, hantle ntho e kholo ea oona ke taba ea control and proof of the use of agricultural land. E boetse e etsa focus hape le litabeng tse ling tsa water resource management ekasitana le taba ea phuliso, ke ntho e kholo haholo ea eona.
Lea tseba, Bahlomphehi, leha le ts’oara lihlaba tsane ka maboella, le li ts’oara hobane molao ona o itse le ts’oare ka mono. Ts’ebeliso eno e ka mono, molemong oa sechaba sa Basotho, ke ea Local government. Rea e tseba, Bahlomphehi, ke eane e theoletseng matla, e fane ka councils hore li be le taolo ea land le administration ea teng. E ka tsela eo, motho a tl’abe atataisitsoe ke melao eo, e tlabe e ba tsamaisa hona teng libakeng tsa mahaeng ekasitana le tsa literopo.
Empa oona mobu ono o ba u ts’oarang, re hopoleng hore ba se ba bile hape-hape ba sebetsana le litaba tsa makhulo tikolohong eo ba leng ho eona, e le ho lisa litaba tseo ba na le bona bana ba ntseng ba hlaha ka hare ho mobu oa temo. Litaba tsena ba li etsa ba s’a utloisise boleng bane ba hore mobu hona le mobu oa tlhahiso ea temo, mobu hona le eng! Joale ho se na motho ea ba shebanang! Taba eno e re fa bothata bo boholo, ‘me re hloka boikarabello ba hore na re ka sebetsang joang.
Re ntse re na le Molao ona oa Land Administration Act ona o tsoetseng LAA. Bahlomphehi ba ka, e meng ea mesebetsi ea bona batho bana ba sebetsanang le batho ba sebetsanang le eno, ke hore among functions tsa bona, ke ho eletsa Letona le ‘muso tabeng ea hore na suitable changes to land administration laws, act policies, li etsoa le hona hona ho lokisoa joang. Batho bano, ke bona ba fuoeng matla a hore ba eletse ‘Muso le Letona.
Potso ke hore na ha ba qeta ho mo eletsa na ba shebile tsena tse ling tsa molao hore na ke tabeng efe? Ha u bua ka policy, u bua ka policy mobung oa temo, mobung oa khaho, mobung oa lintlafatso. E leng ho re taba ena e batla e le eona eo re reng, Bahlomphehi, re ke re e shebe, re tle re tsebe ho bona hore na ebe Act ea 2010, eo le eona e fumanehang ka taba ea eona, ke taba ea hore na le oona mobu, o ka sebetsoa ka tsela e fe.
Empa eona, ho feta tsohle, ke eona eane e bolelang hore Commissioner of Land a ka boela hape eena a eletsa local authorities hore na ts’ebeliso ea mobu e kaba efe. Empa joale mahlong a rona, na ha re bona tsela eo mobu o ntseng o sebetsa ka eona metseng le metsaneng ea rona, na ho bonahala ho na le taba ee e ka ea re thusang?
E leng hore, hee, taba e kholo mona eo re buang ka eona ke hore re kope hore ho etsoe harmonise all the legal instruments, hobane melao e se e ntse e le mene (e kanna eaba hona le e meng), e le hore ho tle ho bonahale hore na re na le sekhoqetsane kapa sehokelo se ka re thusang hore mona moo re buang ekaba commission kapa authority kapa ntho eka etsang hore re se ke ra ba le lits’enyehelo.
Feela e tle ka tsela eo e tla re thusa hore re tle re tsebe ho etsa enhance land use planning in both urban and rural. Empa e bohlokoa ke ho etsa categorise hore na mobu sebakeng se itseng hore na o eme joang. Taba ena ea hore na mobu o eme joang ke hona mane moo re ts’oanelang hore re shebe hore na ha re ne re se re ntse re fuoe councillors, joale councillors moo a leng hona teng a sena ntho e bitsoang approved developed plan usage ea mobu kapa master plan…Ba sena eona, na re ne re lebeletse hore ho tla ba le sets’oants’o sa mofuta ofe? Hona mono, moo ba leng hona teng, ba sebetsana le uena u le Morena oa sebaka, ba sebetsana le uena u le Morena oa motse hore na har’a mobu oo teng – ke sekhoqetsane se reretsoeng eng? Se hokae? Se ka tseba ho sebelisetsoa eng?
Taba eno ke eona ntho eo re reng ha re beng le eona, ‘me re li kenye marang-rang ana a hona joale, a tla re thusa hore re tsebe ho bona hore na ha ba re b’a fana, re tsebe ho tla ka eona plan ena re be re penye re ntse re lutse ka hona ka mona, Ntate, e be rea bona hore mona ke ntho e itseng le e itseng.
Taba ena e ka tla eaba taba ea boeletsi tabeng eno ea hore re etse zoom in, e ka re thusa ho matlafatsa litaba tsa moruo ka hare ho naha, e ka re thusang hore re nchafatse bosebeletsi.
‘Me taba eno, ha re e entse re tseba hore lilemo tse mashome a mahlano tse tlang, ra be re tseba hore na taba ea industrialisation re e beha hokae, taba ea main roads tse tsamaeang re li beha hokae.. E seng mona moo re tla be se re khannoa ke project, e be ha e tloha u bone e se e beha palo ea motlakase pel’a corner ea ts’imo, e ngoe e behoa ka hare ho ts’imo, hobane ba re ha ba tsebe hore na ba feta lekae! Ha ba qeta ho e etsa joalo, e be re se re sa tseba. Ha re tsebe hore na in the next 50 years ke matamo ao re il’o a beha ka mobung ofe!
Ka tsela eno, ha re ke ke ra e etsa plan, Bahlomphehi, re tla qetella re sa etsetsa sechaba sena ka tsela eo re ka reng re tla be re nepile. E leng hore ntho e kholo mona ke hore re ke re khutlele morao Muso o ke o kupuoe hore ka hona o ke o nahane bocha taba ea ts’ebeliso ea mobu ona oa naha ena ea Moshoeshoe ka tsela eno le hore na ke li-authority life, li sebetsa joang.
Coordination eno ea authorities e bohlokoa haholo hore re e etse hore re hokahaneng, joale re tsebe hore re tsebe ho tseba hore sebaka sane sa lihlaba tsa Ha Ramabanta re se re hloka hore re se etse zoo kaha ke liphoofolo tse kholo, ke liphoofolo tse khutsoanyane, ‘me re ka tseba hore re li behe joalo kapa re etsa li-park. Ke libaka tse itseng tseo re ka tlisang liphoofolo tse hlaha ho tsona e le ho latela ka moo maemo a tla re lumella kateng.
E leng ho re taba ena eo ke e behang mona, Bahhlomphehi, ke etsa Ts’itsinyo ea hore re le Ntlo re ka re, re ipehe tabeng ena ea hore re bue taba ena ,‘me re khothaletse Muso hore o ke o shebe taba ena.
Kea sisinya, Ntate Motlatsi oa President.
MR VICE-PRESIDENT: Ua mo tlatsa, Morena Tholo?
HON. SENATOR. L.L.SEEISO: Ntate, Motlatsi oa President! Ke kopa ke lebohe mong’a Tlhahiso Ntate Motsamai. Ha hona se molemo ka hare ho naha ena ho feta mobu.
Ntate Khoabane o ee a leke ho beha ka boqhetseke ka hore na Morena Moshoeshoe II ha a ne a bua ka mobu na o ne a r’eng. Ha re satla hlola re ba le naha e ‘ngoe, ntle le koatipanyana ena e bitsoang Lesotho.
Taba ea mobu Lesostho mona, e re e hloka Boetapele, Ntate Motsamai, ba hore batho bao e leng Babusi ba be le sebete sa ho busa naha ena, ho sa qekisoe batho bao e leng litloli tsa molao.
Ke rata hore ke tle ke oele tabeng. Ka hare ho toropo ea Maseru, e esitana le libakeng tse ngata ka hare ho naha ena, re ba baetapele ka lebaka la sechaba, Ntate, ba mafapha ‘ohle, ebile ha re itebale hore bang ba rona re Marena, hobane ‘nete e le hore Borena ha se hobane e le ba Moshoeshoe, oa Bataung, Batlokoa esitana le liboko tse ling. Empa re Marena hobane Basotho ba ratile joalo.‘Me rona re tla sala re le Bahlanka, e leng Basebeletsi; ‘me e ka holimo re tla sala re le Basebeletsi ba sechaba sa Basotho.
Taba ena, Ntate, e re ka bokhutsoanyane Tlhahiso ena eo u e hlahisitseng ke ea hore na land use planning e hokae. Ha u mamela liealemoea matsasing a na a morao, re le keta-pele e ka koano, re lakatsa ho bona Basotho ba phela, feela ha ba phele ka litsela tse leng teng molaong.
Lekala la Roads ka bolona – ke ho re ho tloha bohareng ba tsela e re bonyane e be maoto a leshome le metso e mehlano. Boemo bono, ha u kare ua sheba ho iketselitsoe borata, ha u qeta ho sheba ka hore ho tlisoe lintlafatso batho ba bang ba fetola taba eno poletiki! Leha ekaba litaba tsen, ha li nyalane le karolo ea litaba tsena tse etsahetseng, tsa lipolahano mabapi le litaba tsena tsa likobo kapa likoriana, empa ho na le karolo e teng, ea batho bano ba itlhomphang, ba ratang ho sala e le Basotho, feela ba ratang ‘mino oa bona.
Ka mokhoa o ts’oanang, re re Bapolotiki ha ba sebetse litaba hantle ka hore naha ena e phele ka rule of law. Ha u itlhompha bophelong u ke ke ua iphumana u na le bothata ba h ore na sechaba se tla u sheba joang.
Ho hong, hoo e leng taba, ke hore Marena, mohlala, a kil’a ts’oara teropo e kang Maseru mona, ‘melinakong tse fetileng, e ne e kenyeletsa Marena ana a sehlooho a latelang:
Morena oa Sehlooho oa Matsieng,
Morena oa sehlooho oa Thaba-Bosiu, ele;
Morena oa Sehlooho oa Maqhaka.
Bolula setulo ba bona bo ne bo potoloha. Nakong eno boteng ba Borena le batho ba neng ba sebetsa le bona kahare – hore na ke literekeng e le li urban land committees, Bolula setulo ene e le ba Borena.Metsotso e lula e le teng e matsohong a mongoli oa toropo , ‘me haeba ho ne hoba le hore Litho tse joalo li fetoloe, Ntate, ho ne ho eba le ntho e bitsoang Handing over kapa neheletsano ea mosebetsi.
Hona joale kahar’a Maseru ka mona ho na le moo ho abuoeng lits’a. Boholo ba Bahlanka ho na le batho ba bang ba ileng ba abeloa lits’a hantle, feela moo u ka fumanang hore batho ba nka monyetla hore ba iphe lits’a tseno tse joalo.Ka nako e ‘ngoe ba sheba hore na sets’a se ke se lutseng ho feta lilemo tse mashome a mabeli- ha ho sa hlaelle ngoan’abo sona kapa mong’a sona, eba ba itjoetsa feela hore ba sebelisa sets’a se joalo.
Ke bua tjena, ke re, Morena oa ka oa sehlooho oa Rothe ho na le sets’a seo e neng e le sa hae haeso Mafeteng. Mofu Morena Mohlalefi Bereng – bohlanka bo ikhapetse sets’a seno!
Ke re taba e teng, Ntate, ke hore Lesotho lena la rona ha hona motho ea tla etsa hore le ntlhafale ntle le rona re le Basotho, hore re tlohelle ho ‘na re sheba lintho tse ngata kahare ho rona.
Linaha tse re ts’ehetsang li re tlisetsa melemo efe!? Ke horere itjoetse hore re ithutile ka liphoso tsa nako e fetileng, ‘me ho tla bonahala Lesotho le baballeha.
Ke rata hore ke tle ke tle ho tlatsetsa tabeng eo u buang ka eona. Hona joale Basotho ba bangata ba neng ba sebetsa merafong – ke ratile mane moo u neng u bua ka taba ena ea noesetso or irrigation moo e bang metsi a bokelloa,hore motho u nahana hore likarollong tsena tsa bo Mohae le bo Katse, ho re libakeng tseno tse haufinyane le moo ho ne ho ka etsoa noesetso e kang ea lesere kapa ts’ane, moo u nkang hore beng ba masimo – masimo ano a fele a noesetsoe, ‘Muso e be oona o hlahisang lesere joale lesere lena le tsebe ho rekisoa ka chelete e ka khonehang e le hore chelete ena e tsebe ho potoloha ka hare ho naha.
Chelete e tsoang ka hare ho naha ena, re re: re mathela mapolasing a mona hore re il’o reka lesere, lesere hona joale tjena hae mona ho batho ba nang le matla a ho ea mapolasing ba bang ba ke ke ba u joetsa le moo ba le rekileng, e sala e le ntho ea bona hoo e mong a ka itjoetsang hore u bua le rapolasi ho re, pokellong ea lesere lohle le teng, ke nts’a chelete eohle; e sa le ele ‘na.
Nakong e fetileng, ntate, lesere ha ho ne ho thoe lea tura, bale e ne e le R50 hona ka mose oane. Hona joale ho batho ba nang le matla, ha ba rekisa lesere (ebile ho se ho nts’o ho bonahala hore komello e tl’o ba ngata selemong sena) ba rekisa bale e le ‘ngoe ea lesere lekholo le mashome a mahlano.
Bao re ka r’eng ba rekisa ka mokhoa o betere, ke ba rekisang makholo a mabeli. Feela ke re, e ne etlaba bonolo ha ho na le libaka tse ngata moo ho noesetsoang, re hela lesere, hoba ke re, le hona tjena ha ho sana batho ba bangata ba lumelang hore ba hiroe malapeng a rona, ho batho ba ruileng liphoofolo. Empa ha lesere le le teng monna kapa mosali oa linakong tse fetileng – bo’m’e ba ne ba ntse ba khona hore ba li ts’elle kerepeng, ho hangoe lebese bana ba tsebe ho kena sekolo.
Hona joale hore u fumane molisana, haesale ntho e bonolo ea maoba. Ke re taba eno feela ea hore ho be le lesere, e ka khona hore e thuse le libakeng tse kang tsa Mokhotlong, hobane ke re liphoofolo ha u il’o li beha motebong, u tsebe u behile bophelo ba balisana ba hau tsietsing. Nq’a e ‘ngoe le bona ha ba il’o etsa mokhoa oa chelete ba ka itjoetsa hore ba neheletsana le batho bana ba bang chelete, joale ba fihle ba nke lesaka la hau kaofela, ‘me u sale u sena letho.
Ha ke kholoe taba ena re ka e nka e hlokahala. Empa ke re, ho kae-kae e ‘ne e be le neheletsano, Ntate Motsamai.
, Nakong e fetileng Lekaleng la temo Bahlanka ba ne ba tsamaea ka hare ho naha, ba sheba hore na ha u le mong’a ts’imo e atametseng lengopeng- ho ne ho thoe bonyane e be ntho e ka bang 15 meters kapa hofeta, e se ebe motho ha a e lema e mong leha e ne e se karolo ea ts’imo ea hae, a eketse moo a koalang tsela feela. Joale khooleli e bang mono, kapa soil erosion e bang sebakeng se joalo e ba ngata.
Kannete ha ke behile hakana, kannete rea leboha ka tlhahiso ena ea hau, joalo kaha u tseba hore ehlile ha re u rate rate hakaalo!
[ lits’eho le litlatse…]
Kea leboha.
Question proposed.
HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Mohlomphehi, rea leboha ka ‘nete. Ke leboha haholo ho fumana monyetla ona.
Taba ena ea Ntate Motsamai ke e kholo haholo, hobane e re hlahisetsaa maikutlo ao esaleng re laba-labela hore re tle rea bue! E leng hore o re rakile ebile o entse bokhabane, e se e le eena mong’a tlokola, joale re mo binele re be re mo polechele lieta hore a tle a tsamaee a khabile. O entse ntho e kholohali lebitsong la Basotho.
Ka nako e ‘ngoe re rata ho bua ka hore ha u bua ka litaba tse tjena taba ke hore na u ntse u bua le mang ea ka phethang, hobane morero oa Ntlo ena ke ho eletsa le ho chabisetsa babusi, hobane mohlomong, hee, re ka re ba na le lintho tse ngata tseo ba li etsang, ka hona e kaba bokhabane hore ekare re ka be re ile ra mema Letona le ikarabellang, le tl’o tla le mamela litaba tsena hore ekaba batho ba Molimo re tla etsa joang, hobane ha u sheba marang-rang kajeno ho na le batho ba entseng company ba rekisa mobu at their highest of speed.
Ntate o re re e bale ka Sesotho hape:
“hore Ntlo ena e Khabane ea Senate e khothaletsa ‘Muso oa Lesotho ho theha Komisi e bopiloeng ka mafapha a fapaneng ao thomo ea ’ona e tlang ho ba ho hokahanya Melao eohle e amanang le mobu, ho akofisa tšebeliso le meralo ea mobu libakeng tsa mabalane le mahaeng le ho rala mobu ka lihlopha tse latelang: Temo, khoebo, bolulo, mesebetsi e moholo, boithapollo le tse ling, hape re thehe moralo oa tšebeliso ea mobu o tlang ho kena Molaong.’’
Taba ena Ntate ka mokhoa oo a e beileng kateng e etsa hore ke hopole hore ho ne ho na le leano la tsamaiso ea mobu ka nako ea manyesemane, and then we politicised the land distribution thereafter, ‘me le batho ba bang ba ile ba inkela oona ha ba kena pusong joalo ka ha Ntate Morena oa ka oa Likhoele a supa.
Batho ba bangata pusong ba ileng ba busa ba ile ba nka mobu hampe feela! Ke rata ho supa hore ka nako ea ‘Muso oa sesole ho ile hoa ba mpe haholo, ba ipeha ka hare ho teropo le litsiketsing tse ling moo ho senang le mokhoa oa ho kena! Re ntse re ba bona ebile re ntse re ba hopola.
Taba ke hore na taba ena, Ntate Motsamai, ha u e beha tjena have you got an idea ea hore na re ka tseba na? Can you be more altruistic and pro-thinking hore na ebe re ka etsa ka tsela efe, Ntate? Ke bolela hore na e be u ka ba le mokhoa oa innovation ea hore na haele mona tšenyeho e tsamaea ka speed se sekana re ka etsa joang?
Batho ba lingoli ba ngolang ka Morena Moshoeshoe ba re o ile a hlokahala a se a koatile haholo, ha a ntse a chechisoa from Free state into Lesotho in the rocky spaces ka lebaka la lipolitiki tsa nako eo, makhooa a ne a sa ts’oane, ha a tla re, “moo, hona kahare, le se le re leha e sale re noesa nokeng ee re e sebelisa le se le re e se e e le lehlakore la naha ea maburu?”
Bohlokoa e ne e le hore ha a shoa Basotho ba sale ba e na le mobu, but o ile a phoqeha, hobane joale e itse ha a shoa joale re kena tšebetsong re le Borena… makhooa a na a re thusitse haholo leha ke sa a batle tjena; ka ‘nete a re thusitse haholo, hobane ba entse hore ebe re ile ra etsa preserve mobu o neng o hlile o na le land channel system and land use planning.
Re ile raba le Makala a joalo but a ile a fela I don’t know why, nakong eo interior e neng e kopane le land use planning. Joale empa lintho tseo kaofela li felile!
Ke pheta litaba tseo Ntate Lerotholi a ntseng a bua ka tsona Morena oa ka oa Likhoele Honourable Senator ha re tlisa Borena – ha a re Morena Moshoeshoe o itse “lipere ha se letho, likhomo ke mapei, empa mobu ke ntho tsohle’’, “horses are nothing, cows are marbles but land is everything”. That was his passion ka taba ea mobu le tšebeliso ea oona.Morena Moshoeshoe o ile a ba le a good plan!
Ke ne ke chaketsoe ke motho e mong a ntseng a etsa recitation ka South Africa joale a tl’o utloa taba ea hore na safe keeping ea mobu kahar’a naha ena ea Lesotho e ile ea senyeha kae. Joale ke re, no, rona ka hohle ha re ne re haha, Morena o ne a haha tlas’a lehaha le sechaba sa hae ka tlase ho teng.
Ha u ka sheba mokhoa oo re hahileng ka oona hohle ho hauoe moo matlo a leng holimo; tlaase ho boloketsoe mobu oa temo. Re ne re s’o be le…
HON. SENATOR L. L. SEEISO: Ke ne ke re holim’a taba ena ea hao, Ntate, u leka ho bolela hore Lesotho nakong e fetileng ho ne ho na le taba e neng e bitsoa pokello ea metse?
Kea leboha, Ntate.
HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Ehlile, Ntate, ho ile hoa hla hoa eba le phalliso e ngata ho batho ba neng ba iqhalakantse hore ba tle ba be ng’a e le ‘ngoe ka ho phelisana le hona ho boloka mobu o ka siuoang e le lithako. Le kajeno li ntse li le teng metseng ea bo rona moo batho ba ileng ba siea matlo ba tla libakeng tse ling.
Ntate Motsamai o re re be le meralo libakeng tsa mabalane le metseng. Mona teropong ke hopola Ntate Phoka Chaolane (moea oa hae o phomole ka khotso) ha re ne re bua ka mobu re etsa Molao ona oa Motheo oa 1993 a re mane haeso bo ha-Abia e kare likhobe ka pitseng, ntlo e ‘ngoe le e ‘ngoe e shebile moo mong’a eona a ratang teng, ha hona qenehelo ea hore na litsela li tla tsamaea joang – lintho tseo o ntseng o li bolela; bo lipalo tsa motlakatse le lintho tse joalo. The planning is total zero!
We are compulsive about that feela lebelo leo batho bana ba Local Government ba makhotla a ntlafatso metseng ka mokhoa oo ba mathang kateng… Makhotla a Puso ea Libaka speed seo ba sebelisang mobu ka sona ba matha ka 140km/p.
[Laughter! Crowd noise!]
Ke ne ke re, Mohlomphehi, ka ’nete hona joale ha se hore ke mona hobane tsamaiso e ile ho batho bao ho thoeng ke Mak’hanselara but the speed at which they are distributing land is shameful right in front of our eyes.
Ha nka bula Facebook hona joale ho na le motho ea reng, boldly, ‘ke rekisa litša Liholong, Thaba Bosiu kapa ka Sehlabeng kapa ha Foso’. Ekaka taba e na e ka etsoa hona joale, empa ha ke bone eka ke ntho eo e ka etsoang,hobane ho ne ho tlameha hore e be ho se ho na le phatlalatso e entsoeng ha puso e kene, joale e be ho emisoa batho bano ba ntseng ba haha mono.
Re tl’o ba le litaba tse pelekaneng tsa ha re na le nako ea ho lokisa. Molaong oa rona oa Ombudsman ho na le litaba tse kentsoeng tse kang li tla thusa taba ena haeba re ka hla ra lokisa hantle, feela ha re ke re bueng ka ntho eane, Ntate Motsamai, ea Section 105 of the Constitution – buang ka eona planning board.
E supa hantle hore na merero ea litaba tse joalo li ne li tl’o sebetsoa ka tsela efe, empa eaba Minister of Finance hobane ke bo marata helele – Ntate Ketso ka nako eo, o ile a re it has to be advisory, e leng hore e tla ‘ne e be ‘Muso o moholo o ikemetse o le inotsi, board eo eona e tla o letsang feela!
Batho bano ba ile ba re khathatsa matla haholo, hobane re ne re ba tšepile.
E ile ea bolaoa ke polotiki, feela hoa eba le batho ba neng ba khethuoe mono ekang ba na le chebelo pele ba neng ba bitsoa ma-pressure ka nako eo eaba ba koala molomo le tšebetso e lula holim’a planning board, joale ho tla khoakhoatholla le ho tsosa ho tl’o ba boima haholo.
Joale empa with Local Government and that planning board maybe re tla bona tsela feela phatlalatsong ea mobu ka mokhoa oo e tlare ha re re, hephu! Haeba re sa tl’o nka likhofu re tlosa li terata ha ke bone!
Kea ipotsa Letona le emetseng! Ebe letona le tšaba ho etsa act hobane a tšaba ho tlosoa ka hore o tla hloloa ke likhetho? Ke qala ho bona ntho e tjena eo re e tšoereng re le sechaba sa Basotho. Ha ho tlameha hore ho etsoe qeto ka ’nete batho ba tla re likhetho, ‘batho ba tla ncheba joang ha ke se ke etsa tjena’.
Joale empa batho ba bang, li-Leader tse ling tseo re ileng ra ba le tsona ha re ntse re ithuta – why are we not decisive? U ke ke ua hlola o etsa mosebetsi, that is why sometimes ke sola Ntate Matekane, ke ee ke bone eka o entse depend ho batho bao ba hae bao ho thoeng ke Matona.
Sometimes he must tell them hore, he, banna! Ho u oa koana! Ebe ba re, e-e, Ntate, re ne re tlameha re etse eng. A re, hee, banna! Ke re ho ua koana! Ke hona moo a ka tsebang ho lokisa litaba tsena tseo a itlammeng ka tsona. O itlamme ka lintho tse ngata, feela ha ke bone eka li tla phethahala.
Joale Ntate o bua taba e ngoe ha ke batle ho e etsa quote e tle ebe e tsoa ho ‘na joale ke tsebe ho e emela.Ho re u ka se behe motho ea qalang ho kena pusong hore a fuoe Local Government, Home Affairs, Sepolesa, kaha ke ho mo khama ka other things tseo a ke keng a tseba ho li fasolla molalelng oa hae. Tie ena ua bona ha ke batla ho e fasolla ke e tšoara tjena ebe kea e ntša? But mona ke ho ikhama! Joale empa re sa mo sebeletse letebele leo.
It’s about time a lokise taba ena hore ho latela nako le li tšepiso tsa bona ke bona ba tsamaea ka tsela e sluggish. Joale ke ne ke re litaba tsena tseo ntate a li buang mona likholo haholo li batla a new planning, a new thinking and a new vision on the issue of the land holim’a mobu ha Morena Moshoeshoe a ne a re Land is everything. Ona oona mobu o bolela hore ha hona letho leo u ka le phethang u se na mobu moo ho phetheloang litaba tsena teng.
Ho qala teropo ena bocha hore na e tla tsoa mona e ea koana e il’o fumana mola ho le joang… ntšoarele, Mohlomphehi, joale hobane ke tlameha ke etse hlompho eo ke lokelang ho e etsa, hore taba ea mobu kahar’a naha ea Lesotho e kholo ho feta tsohle, hobane ho phetheloa mesebetsi.
Ntate ha a bua ka mesebetsi e meholo o bua ka industry. Kennete li khethetsoe libaka, rea li bona, empa ha li hola, re sa batla ho ke ho uoe li naheng tse ling moo ho il’o etsoa tiles re se li late South Africa. Ntate Lerotholi o qeta ho bua ntho e kholo hampe hore na lebaka le etsang hore Basotho ba se ke ba iketsetsa lesere ke lefe le lijo tsohle tseo re li lateng South Africa. ‘Ho na le batho ba tla tla ka li-plan ba re refe kae-kae Sehlabeng re il’o lema merara’ – ebe, doo!
Lintho tsena kaofela lia shoa hae mona, hobane ho na le batho ba reng what’s in there for me, joale batho ba bang ba baleha ha u qala u cho joalo! Ebe re tla e fetisa neng taba eo? Re ne re tšepile, ‘me tšepo ea rona e ne e phahame haholo ke Ntate Matekane, but we are disappointed ka tsela eo a etsang perform kateng because joale lintho li ntse li senyeha! We are sorry, rea bona hore lintho li ntse li senyeha unless he will come up with some magic, but ha ke bone.
I don’t think there will be a magic that will come e tla tseba hore e etse address these needs tseo re buang ka tsona. Le taba ea khoeheletso feela ho etsoe qomatsi ea hore mobu ona ha ho sa hloloa o thetsoakae kapa kae, empa naha kea bo rona re lokela hore re e kopanele ho etsoe litaba tsena.
Ntate o re re etse ofisi eo boikarabello bo tlang ho ba teng, ‘me ‘na kea cho ke re oa bolela, hobane LAA e swag le eona kaofela ho ea cho ka tsona litsi tseo litaba tsa mobu li leng teng – li swag, batho ba babaletseng mobu it’s still a struggle lipakeng
tsa lintho tse ngata joale ka ha u bolela, Ntate.
U boletse hore mafapha kaofela a na le mesebetsi, a na le boikarabelo ka melao ena eo u e supileng hore e mengata haholo ‘me e sentse ts’obotsi, hobane joale e mong le e mong o tamolla le ho hula ka mokhoa oo a ratang kateng. Ka hona taba ena e sitisa boholo ba ts’ebetso ena hore e tle e tsebe ho hola, naha ena e tle e be le mokhoa oa ho re isa kae, hobane ha re sa e kopanele re ntse re etsa criticize feela, le teng ha e na re etsetsa molemo oa letho.
Ka hona re ne re re, Letona le Khabane, tsoha, hee, taba ke ena, re u supisa eona. Wake up, Honourable Minister! Ekare u ka be u romelletse batho ba hau ebe Ntate Motsamai o u memme hore tloho u tl’o mamela ha re beha litaba, hobane ha ho na ntho e bohloko joaleka ha u bua le lejoe. Lejoe mphe bohobe, ebe ha ho na letho le etsahalang thereafter. Le hore re tla ithaburanya re bue ebe nothing occursit is very disappointing. It is very upsetting ho rona batho ba etsang effort.
Re ne re hopola hore Ntate Matekane o tl’o sebetsa joaloka batho ba bang bao e kang eena, ho re, look! Ke batla ho tla fetola landscape!
Re ntse re bona khiro e ntse e ts’oana; ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e ntse e ts’oana le eane.
Re kile ra utloa ‘M’e Nthomeng a ikana on television ka nako e ‘ngoe a re “ no, ‘na ha ho na motho ea tla tla a ntjoetsa letho, a tla nketsa letho ha e le Letona, hobane ke ile ka etsoa mistreat”. Today o batla ho tebela the Public Prosecutor. E se e se eena ea neng a ikana. Batho ba rata ho bua lintho tseo ba ke keng ba li phetha, ke sono. Ha re thusaneng. E ne eka ba ke be ba le teng ba tsebe ho mamela, e seke ea ka re ntse re bua le lejoe, hobane kea ipotsa na ke batho ba bakae-le eona Tlhahiso ena ha re e isa ho ‘Muso, Ntate, e ea joang? E il’o etsang? Ha o fihla moo Motion ho etsoang ka oona? E etsoa shelf kapa e kengoa into a machine? Akere ba na le mechine eo hothoeng ke shredders moo. Ba re “bao ba ntse ba pota” ebe ba e kenya ka machine ba e tabola.
Joale ka’nete re re, Mohlomphehi, re rata puso ena joaloka tse ling. Hee, batho ba bangata ba ka ntlatsa hore tse ling hanka ka ka li rata. Ha ke tsebe na hothoe ke pepe batho ha etlaba kea ba rata na? Ha ke na mokhoa oa ho pepa monna e mong hore e tle eke kea mo rata. Ke u rata ha u iketsa establish u le mosebeletsi.
Re ile ra bua puo e ‘ngoe moo re neng re lutse teng ho botsa Morena oa Mokhotlong hore na hana morena ke eng? Eaba moholo oa rona ea neng a araba o re ke bosebeletsi. This is the duty that you are doing. Ha re bua tjena ho tl’o thoe kea polotika. I do not know hore na hothoe re bue joang, feela Basotho ba re file Ntlo ena hore re tl’o eletsa kahar’a eona, re ngoae marena qoqotho, empa e le rona marena! Joale o ilo ngoaea oa maiketsetso oa 5 years! Ache, le teng re ne re ke ke ra tseba ho etsa joalo!
HON. SENATOR L. M. SEEISO: Kea leboha, Ntate Vice President.
MR. VICE PRESIDENT: Morena Tholo, ke kopa u khutlele setulong sa hau.
HON. SENATOR L. M. SEEISO: Oh! Ke tl’o sitoa ho botsa ha ke se setulong sa ka?
MR. VICE PRESIDENT: Tsoela-pele hee, Morena.
HON. SENATOR L. M. SEEISO: Kea leboha, Ntate Vice President. Ke ne ke botsa Morena Khoabane hore na taba ee ea mobu ha e ea senyeha ka taba ee ea lipolotiki ea hore ebe batho ba kena nako e khuts’oanyane joale nako eo e mong le e mong a keneng moo o etsa borata ho latela nako eo a keneng ka eona moo?
Ke ho re ha ke totobala ke re na ha se hore mobu o khutlele mareneng?
Kea leboha
HON. SENATOR K. L. K. THEKO: E-e, Morena! Ua tseba ha ke na ho cho joalo! Ke ne ke re ebe mosebetsi o kopanetsoeng, re be le establishment of this Commission eo Ntate a buang ka eona, hobane I do not want us to put it there. Le rona re ile ra o sebelisa hampe ka tsela eo re o entseng. Re entse mosebetsi o mobe le rona. If we are not agreeable on that, then we have a big problem, because ho kile hoa ba le nako…
Hona joale tjena batho ba ne ba ts’ohile ha ke ba joetsa hore in Zululand ho na le ntho eo hothoeng ke Ingwenyama Trust. Ke mobu o tsamaisoang ke Morena eno oa teng. Zuma ha a batla ho etsa development on that land o ea moreneng ho Morena eno oa teng, ‘me ke mobu o babalehileng.
Feela rona mona ha ho tla thoe mona haeso Lower Thamae ke 6pound, ke hobane ho ne ho jeoa li-6pound per sets’a and many other , Morena oa ka. Re ile ra beha mobu hampe le rona without guidance, because there was no law to regulate mokhoa oa popeho ea lits’a.
Ha re sa na libaka, ke hore le hona tjena kahar’a Maseru where can we build a big stadium sa li-Olympics? We have to go outside, ha re na chance. Every other thing that comes to mind e lokela ho isoa kae kae. Joale taba ke hore na toropo ee e tl’o tsoa e leba TY kapa e tl’o tsoa e leba Thaba-Bosiu kapa Mafeteng?
How are we going to restructure it hore e tle e tsebe ho ba le mokhoa oo? U bone batho ha ba etsa complain kapa ba batla ho etsa blame ts’ebetso ea tsela ka hore ke baits’okuli. Ke ho re ba iketsetsa sympathy ea hore e tle eke ka’nete b’a sotloa ke baits’okuli. Baits’okuli ba eng? Batho bao ba ntseng ba rekisetsa bana ba batho matekoane moo le li-mandrax.
Ho na le ntho e ‘ngoe e qetang bana, e ba qetang tuu hothoe ke crystal meth. Bolotsana bono ba hore le bosiu ba laetile ka candle ka mono ba ntse ba etsa ntho lisele, joale hothoe re ‘ne re ba etse condone!
Ke mokhoa ona ke reng, Ntate Matekane, ak’u etse act, hle, monna, oooe! Ha e ke be uena u se ke ua mamela batho bana ba bang. U ba joetse hore ke batla ho etsahale tjena. I want to see this happening.
Ha a le ka Setsoto Stadium mohla a nkang matla o ne a re “ ke le fa hore ka nako e itseng le il’o batla M6.1million, phuurrr!” Joale o itellisa ka bashanyana. Ke ho re ho na le bo mashampolanenyana ba lipolotiki ka mono ba mo etsetsang lerata ka mono. Ke ee utloe ekare motho enoa nka be ke mo buelella. Helek!
Ka’nete re ne re re rea u leboha, Ntate Motsamai, u re file taba feela ekare re ka ba le tsela ea hore na re tl’o e theha joang taba ee (komisi)? Ke hobane re se re ntse re na le ntho eno eo ke buileng ka eona eo ke reng ke National Planning Board eo joale e ileng ea khinoa ka lebaka la lipolotiki tsa hore batho in one party ba tsekisana matla eaba ba bolaea that good thing eo hothoeng ke National Planning Board.
Ha e khutla e khutlisoa ho se hothoe ke advisory. To who? To the government? And who is the Government? One man maybe a bitsoang Minister of Finance ea hlolehang le ho re etsetsa anything up to mokhoa oa rona oa hore na re ka tseba ho iphelisa joang.
Ka’nete re ema ka ho leboha Ntate Motsamai kaha ke eena their ear and good for that. Joale le uena u mo sebelise oa mobu ka morao ho ‘na u tla utloa ha pshatla a bua hantle. Ke se ke ntse ke mo thoholetsa.
Kea leboha, Mohlomphehi.
[liatla]
HON. SENATOR T. M. MOHALE: Kea leboha, Ntate Motlatsi oa President.
Ke thoholetse Setho se Khabane ka Motion ona o bohlokoahali hakana o buang ka ho thehoa hoa Komisi ea mafapha a fapaneng holim’a mobu. Taba ena, Ntate Motsamai, e tiisa le ho bonts’a hantle hore Land Act, 2010 ha e ka ba ea ts’oareha hantle. Tebello ebile hore ha Lekala la Local Government le sebetsana le Molao oa Mobu e tla ba molao o tla re thusa hore ebe ha re mathateng ana ao re leng ho ona.
E ne e ka ba taba ea bohlokoa hore ka’nete melao ena ea mobu ea Local Government ea 2010 e ke e lekoloe, hobane ke eona e ka re fang ts’obotsi ea hore ho be le taolo litabeng tsa mobu.
Ho ea soabisa hore le kajeno ha ho na ntlha-kemo e tiileng ea ‘Muso ka lintho tse senyehang mahlong a rona. Paramenteng e fetileng ho ile hoa ba le Molao o neng o bonts’a hore litaba tsohle tsa mobu tseo li ntseng li sebetsoa li ke li emise. Empa ka’nete e ka ka ha ho joalo, ‘me taba e khathatsang matla ke ea hore re na le lekala le sebetsanang ka kotloloho le litaba tsa mobu leo ho bonahalang hore Molaong oo ba ileng ba o fetisa ha hoa ka ba hoa sebetsahala hantle.
Ntate Motsamai, joale ka ha ho ile hoa bueha, taba ea mobu ke boikarabello ba Morena le mokh’anselara, ‘me re tla hopola hore litabeng tsa li-reform tsena tseo re ntseng re li sebetsa, ho na le moo ho hlakileng hore ho be le mesebetsi e fapakaneng ea mokh’anselara, ho be le mesebetsi e fapakaneng ea Morena moo ho sebeletsoang ntho ena e bitsoang mobu. Ha feela re se na ts’ebelisano ‘moho re le Marena le makh’anselara, re tla lula re ntse re bapalla litabeng tsa sechaba.
Ka’nete, Ntate, ke u thoholetse hobane e meng ea mesebetsi ea Paramente ke ho hlompheha. Hore ebe Litho tsena tse ka mona li bitsoa Bahlomphehi ke ka lebaka feela la hore li sebeletse sechaba ka ho se hlompha le ho itella sona. Taba ena ea hore ebe u tla ka Motion o nang le qenehelo ho sechaba e bonts’a eona taba eno ea ha re hlompha sechaba – qetellong sechaba se tla ba le ts’epo ho Ntlo ena e Khabane.
Ha ke ntse ke bua ka litaba tseno tsa li-reform ‘Mokeng ona o fetileng oo re neng re na le oona re le Ntlo ea Senate, ho ile hoa hlaka hore taba ea hore ebe molao o hlaha ka National Assembly feela e re bakela mathata. Re hopole hore Litho tsohle tse kenang ka National Assembly li sebeletsa feela lilemo tse hlano. Joale ha u kena ka Ntlong ea Sechaba u sebeletsa lilemo tse hlano, u sheba litaba tse thahasellong ea hau.
E ne e ka ba bohlokoa hore mohlomong litabeng tse thasellong ea sechaba Molao oa Motheo o ke o lokisoe e le hore litaba tse bohlokoahali tsena tse kang tsa ho kenya melao ea mobu li hlahe ka Senate. E se eka litaba tsena, Ntate, joale ka ha u li hlahisitse re ka li sekehela tsebe ra bona hore na litabeng tsa li-reform kapa litabeng tseo re ka bang le kabelo, melao e ke e hlahe e hlaha Ntlong ena e Kholo ea Senate moo teng re tsebang hore leha Paramente e shoele, re ntse re tsoelapele ka mosebetsi o matsohong a rona; hre shebe feela litaba tseo re reng li matsohong a rona.
Ke u thoholetsa ka Tlhahiso ena ea bohlokoahali eo re reng ka’nete taba ea kabo ea mobu ke pharela eo hona joale ha re sa e lokise, e tla re bakela mathata ka nako e sa feliseng pelo ha feela e sa sebetsoe.
Ka hona ke re, Ntate, kea u tlatsa, e se eka Motion ona oa hau o ka sekeheloa tsebe ke ba nang le hona.
Kea leboha.
HON. SENATOR DR. T. LEBESE: Kea u lumelisa le Setulo, Ntate.
Ke ne ke re kea kholoa ha re ntse re thoholetsa Tlhahiso ena ea bohlokoa ke mpe ke lumelloe feela ho phutha liqola. Ke utloa eka Bahlomphehi ba se ba li behile, ‘me ba li behile hantle. Leha ke ne ke batlile ho kena qalong, empa taba e kholo kea kholoa ke hore eo Mohlomphehi Motsamai a e behileng le eo Morena oa Thaba a seng a hlaha ka eona, ke hore na joale re etsang joang boemong bona bho bonahalang ho supiloe melao e mene eo ka kotloholo Mohlomphehi Motsamai a tekileng litaba tsena tsa bohlokoa, e bonahalang eka bophethahatsi ba teng ha ekaba eaba taba e ntle haholo.
Ke hore na re ka etsang joang boemong bona? Mohlomong ha u qholotsa feela u shebile litaba tseno tsa Land Act, 2010 ke karolo ea 13 and 14 eo ka kotloloho e neng e amana le litaba tsa ho aba mobu libakeng tsa mahaeng le toropong.
Morena Mohale o buile ka eona taba ena, empa e ne e toloka hore ba tla aba mobu e tla ba ba ikarabellang pusong ea libaka e leng Makh’anselara in consultation with the Chiefs, empa e boetse e re ba ipapisitse le development plan.
Kea kholoa taba ena ke e qhoaella hobane ke eona eo re reng moralo ono oa ntlafatso ea libaka tseno tse mahaeng kapa tse litoropong o bonahala o le sieo. Taba eno homme e bohlokoa haholo.
Ona molao o ts’oanang o bonahetse kea kholoa o ne o supa haholo karolong ea 47 o ne o ama litaba tsa hore moo ebang mobu o khethetsoe, kapa o ts’oaetsoe litaba tsa temo, joale o se o sa sebetse, na hana ho ka etsoa joang, ‘me ebile o totobatsa taba ea hore ekaba lilemo kea kholoa tse tharo hore na haeba mobu e ne e le oa temo, joale o se o sa sebelisoe temong na o ka etsoa joang.
Hore na o oa nkuoa o tle o fuoe ea ka o sebelisang kapa haeba mobu o joalo o bonahala o se o tabohile mangope kapa ho na le ho hong ho bitsoang overgrazing… Joale empa litaba tsena kaofela ka ha moralo e leng the development plan ha o eo, kahoo ho bonahala re ntse re na le qholotso e kholo.
Ho ne ho ile hoa ba le taba mona, Ntate Vice President, lilemong tsa ho feta e ileng ea etsoa ka ntho eo re e bitsang Lesotho Housing and Land Development Cooperation Act order No.12 of 1998. Taba eno e ne e reretsoe hore e tlise ntho eane eo re neng re e bitsa Lecoop le Lesotho Housing Cooperation ‘moho, ‘me ebe e rala litoropo le libaka tsa mahae ntlheng ea meaho.
Joale empa taba eo le eona ha e ka ba ea fihlela meoloane eo e neng e e reretsoe, hobane leha e entsoe khale hakaalo bo 1998, e bonahetse e ntse e na le likhaello ts’ebelisong ea eona.
Taba e kholo mona eo ‘na ke e boning, joale ka ha Bahlomphehi ba supile, ke hore we need to have a zoning, ‘me ha ke ntse ke sheba litaba tsena maobane mona, ke fumana hore that legislative formula ea zoning e teng Lekaleng la Temo le Kanetso ea Lijo.
Ke ithutile, Ntate Vice Presiden,t hore ka morao hore Rabasotho a etelle pele litaba tsa ho ba a Champion of Nutrition,( kea kholoa ke term ea hae ea bobeli ena) Lekala la Temo le se le kentse sehokelo seno sa hore ke Lekala la Temo, Kanetso ea Lijo le Phepo e nepahetseng, ‘me re etsa appreciate taba eno haholo eo ba e entseng.
Ke ithutile hore ba na le a piece of legislature eo ba ntseng ba sebetsana le eona, Mohlomphehi Motsamai, e teng e buang ka litaba tsa zoning.
Ke boetse ke fumane hape-hape hore Lekala la Local Governement- Morena oa Thaba o supile sehokelo sena se se telele sa Lekala. Kea kholoa ha e ne e le Local Government and Chieftainship, empa joale ka ha ke Home Affairs and Police, kea kholoa lintlha tsena li hlaha li le ngata haholo.
Le bona ka tsela e ts’oanang ba na le a housing legislature e neng e lekane ho akaretsa litaba tsena, ‘me e se e ka ba boipiletso mohlomong ha motho u e sheba hore the two ministries e se eka li ka nka boeletsi bona tsa kopana ‘moho eaba ba aha molao o le mong o shebaneng le litaba tsa zoning. Ke hobane bana ba temo ba e hahile, kea kholoa ka ntlheng ea bona ea ts’ebeliso ea mobu, e leng litabeng tsa temo.
Bane ba ne ba e hlahile mona moo Morena Khoabane kea kholoa a ts’oenyehileng haholo ke matlo ana a runyang libakeng tsena tseo re lebelletseng ho lema hona teng.
Ts’abo ea ka e kholo, Ntate Vice President le uena Mohlomphehi Motsamai ka ts’isinyo ena eo u e entseng ke hore ha u sheba lipalo-palo tsa kholo ea naha, Ntate Vice President, re tlaleheloa hore Lesotho mona re limilione tse peli le makholo a mararo a likete, ‘me re boetse re tlaleheloa hape kholo ena ho tloha … e bonahala e hola ka karolo ea 1.1%.
Ts’abo ke hore na ha population e bonahala e hola ka sekhahla sena se tjena, joale naha ea Lesotho re e tseba hore ke 30 Kilometers square e sa hole eona na ebe ho tla etsahala joang ka khatello ena.
‘me Litaba tsena li khutlela morao hore ke ‘nete eo re kekeng ra iphapanyetsa eona hore we need a piece of legislature e ka kopaneloang ke mafapha ana ao re buang le ‘ona, ‘me re bona taba hona moo Ministry of Agriculture, Food Security and Nutrition eo ba se ntse ba e ts’oere, eo ekang ba ka e nts’a from li-desk mono, hoba joale ha ke tsebe hore na ebe ke mang mofani ea tla ba teng, hobane melao e potlaka haholo Ntate Vice President ha e na le motho ea e suthumetsang ka li resource tsa lichelete. Mohlomong e tlanne e lule moo!
Litsebisong tsa hau mona, Mohlomphehi Vice-President, u hlalositse ka nepo hore ho na le Act kapa Bill ea Centre for Accounting Studies. Ke Bill ea khale haholo, Mohlomphehi, lilemong tsa bo 2017 kapa pejana ho moo esale e le teng, ‘me motho u s’u nts’u ithuta hore le ena eo re buang ka eona ea the zoning le ena ea housing legislature eo ke supang hore ke melao e se ntse e le teng makaleng mono, empa e lutse, joale kaha ha e na the financial resources tsa ho bona hore e tsoelapele – mohlomong e tla lula joalo ho fihlela re emela hore ba Malaysia ba tle ha ba na le thahasello joale ba tl’o re thusa re tle re tsebe ho e fetisa,.
Joale empa ke ema mona ke thoholetsa litaba tseo Mohlomphehi Motsamai a li buileng. Tse ngata ba haeso ba se ba li buile, empa ke hore ’na moo ke e bonang hona teng, Ntate Vice-President, ke tabeng ea the joining of the use of land eo re nang le eona, mohlomong le ena ea housing development legislature hore le eona e tle e kenelle moo.
Makala ao a mabeli ha a ka bopa taba eo ea kena e le ‘ngoe ke bona eka e ka tlisa boemo bo ka ntlafatsang boemo bona bo seng bo ntse bo le teng.
Kea leboha.
HON.SENATOR R.P.L.PEETE: Ntate Vice President, kea leboha, Ntate, ka monyetla ona oo u mphang oona. Ka ‘nete kea u hlompha, Ntate, ke hlompha Tafole ea hau, ke hlompha le Bahlomphehi Litho tse Khabane tsa Ntlo ea Mahosana.
Ke ema mona le ’na ka ‘nete, Ntate Vice-President, ke tlatsa Tlhahiso ena ea Setho se Khabane hore ehlile hoa hlokahala, Ntate, hore ho etsoe harmonise legal instruments tse related le litaba tsa mobu.
Ua tseba, Ntate Vice-Presiden,t ha re ka ra sheba hona joale tjena re maemong ao ekang naha ea Lesotho ekare ha e na Paramente, Cabinet, Ntlo ea Senate – ekare ha li eo, ka hoba re ntse re tla feela mona re ntse re sa sebetse! It is because le melao ena e teng_ke rata Ntate Motsamai ha a re melao ena e ke chakeloe e ke e bokeletsoe e shejoe hore na melao ee provisions tsa eona na li amana le linako tseo re leng ho tsona hona joale na? Ka ‘nete li morao haholo. Ha li ikamahanye hohang le bophelo ba letsatsi le letsatsi.
Ntate Vice-Preisdent, ua tseba motho ha a entse ntho e ntle o lokeloa hore a pakoe motho ha nts’a etsa botlaila o lokela hore a soaoe mohlare; ‘m’eeo ho thoeng ke Ponts’o Sekatle nakong eo eneng e le Minister oa Local Government o ile a ka etsa ntho e ntle haholo a re mobu oa temo o etsoe reserved for temo e seng ho hahoe ho oona. A bua ntho e kholo a re lits’a tsa mabitla li khethehe, Morena oa ka oa Likhoele,, e seng batho ba etse mabitla ka hara majarete a bona, moo e leng libakeng tse lebeletsoeng hore ke moo batho ba phelang teng hobane joale ha re kare re rata bafu ba rona hakaalo ha ke tsebe na ke motho ofe a kareng eena ha a rate ba habo ba seng ba ile, kaha kaofela rea ba rata.
Ha ho bolele hore ha u tl’o tla pata mofu ka har’a jarete ke hobane joale uena u rata mofu eno oa hau haholo hakaalo-kaalo; kaofela rea ba rata, empa molemong oa bophelo bo botle, molemong oa hygiene, ha rea lokela hore masapo a beng ka rona a seng a ile ebe re tl’o a pata moo re ntseng re aha matlo a rona,, re chekang boreholes le moo re lemang lijalo tseo re lijang teng.
We cannot re le batho ebe re consumer bafu ba rona kapa re etse manyolo ka bona. Taba eo ke botlaila. Ho lokela hore Mosotho e mong le e mong a tsebe hore mofu ha a le teng o lokela hore a ee linqalong tsa bafu e seng ka har’a majarete. Ke ntlha ea bohlokoa eo Ntate Vice-President eo re lokelang hore re e ele hloko. Ho boetse hape-hape ho na le batho ba_ ke mametse Ntate Khoabane ha a nts’a bua hore ho na le batho ba ratang ho iketsa eka ke bahlophehi hofeta ba bang, ebe ba fihla ba hloma mek’huk’hu hohle mona, ke hore le moo e leng libakeng tse sirileng structiures tsa rona tsa naha ea Lesotho tse lokelang hore li ka hohela le batseteli kapa bahahlaoli, joale ebe ho fihla ho behoa mek’huk’hu e solophaneng feela e meng e entsoe ka litente, joale ebe ba ikarabellang – of course, ke ‘Muso – ebe o ts’aba ho ba etsa reprimand because ba ba ngoaea-ngoaea liqoqotho hore ba tle ba ba khethe.
Ho lokela hore motho ha entse phoso a bonts’oe hore o entse phoso, motho ha entse hantle a bonts’oe hore o entse hantle, re se ke ra ba bo kea its’abela, re se ke ra ts’aba ho khalemela batho, hobane re etsa massage their egos hore in the next coming elections batle ’ne ba re hopole. Re tla ba hopola ha ba entse mosebetsi. Mosebetsi ha ba o entse ke hore ba o etse ka makhethe. Ea ho tla ts’abana bophats’oa hobane ho batloa hore u tl’o khethoe hape in the next term ha se eona e tla etsa hore re u nke u le motho ea sa sebetseng ka makhethe.
Ho lokela hore ho hloauoe libaka, Ntate Motsamai, joalo ka ha u cho, Mohlomphehi oa ka, tseo e leng hore e tla ba libaka tsa li flea markets moo batho ba tla etsetsoa structures tse ntle tsa hore ba rekise lithepa tsa bona. Li ntle rea li rata, kahoo rea ba thoholetsa, Morena oa ka oa Mokhotlong. Ho lokela hore batho bao ba be le libaka tse hloauoeng, tse khethehileng, tseo e leng tsa bona moo ba tla rekisetsa teng, e seng all over.
Ha u feta kapel’a Markhams motho ke enoa le eena o behile liteki tsa hae le eena o iketselitse ‘nyei ea hae eo u ipotsang ha u le motho hore na motho eo ntho ee o e kopile kapa o ipehela feela! ’Na ke bona eka ba ipehela feela ha ba kope le Masepala kapa le oona Masepala o thibetsoe kapa oa ts’aba ho ba tlosa batho moo ka ’nete, ache! Ha se mokhoa o motle oa ts’ebetso!
Ha u ka fihla haeso Mapoteng mane, Ntate Vice-President, u tla ba litlhong, ha u ka fihla haeso moo ho thoeng ke ha ‘Makhongoana, Morija, Maputsoe, Pitseng Leribe Ha Morena Ts’otetsi, kaha ka ’nete, Ntate, libaka tseo ke libaka tse tlontlollang haholo ke mek’huk’hu le kahar’a tsela ka mona le moo likoloi li tlamehang ho tsamaea teng ke mek’huk’hu, e mong le e mong o hloma hohle moo a batlang ho hloma teng.
Ho lokela ho etsoe melao e re sireletsang hobane hoo ke ho sireletsa sechaba, ho keke ha etsoa business hohle mona,ho lokela ho be le libaka tse khethehileng moo e tla ba businesses teng, moo e tla ba libaka tsa temo.,
_ Ua tseba ke mametse Doctor ha a ntse a bua a re batho ba hlophetsoeng hore ba abe mobu ke Councillors. Ua tseba taba eo confuses me, Bahlomphehi Litho tse Khabane? ‘Na ho fihlela hajoale ke tseba batho ba abang mobu e le marena, ke tseba motho ha a batla sebaka a ea ho morena a fihla a re, Morena, ke bone sebaka mane na u ka netefatsa hore sebaka seo ha se na mong’a sona, ’me nau ka mpha sona? Ebe morena o re sebaka seo …
HON.SENATOR J.A.MOTS’OENE: (Potso) Ha ke lebohe,Mohlomphehi Motlatsi oa Madam President. \
Litaba tsena ke ile ka hla ka utloa ha Setho se Khabane mong’a Tlhahiso a teka litaba tsena kaba kare ke litaba tse kholo haholo, joale ke ne ke botsa Setho se Khabane se ntseng se khobotla hantle hore na se hlokometse hore litaba tsee tsa mobu li senyeha feela hobane ‘muso ha oa batalatsa mabala le likamano lipakeng tsa makhotla a puso ea libaka le borena, le hore joale taba ea ho matlafatsa makhotla a puso ea libaka a fuoa borena morao, ‘me a etsa bosebeletsi bo bosula na tabeng ena?
HON.SENATOR R.P.L.PEETE: Se ka e lelefatsa haholo ke utloile, Morena oa ka.
Hantle-ntle potso ena ea Morena oa Leribe, Ntate Vice-President ke e fahlollang – ke ho re ke potso e matla haholo. Ke ne ke ile kare ke thoholetsa Letona la mehleng ‘m’e Ponts’o Sekatle ka mesebetsi e metle eo a ileng a e etsa. Ke boetse hape-hape ke batla ho mo supa moo a sentseng haholo. Ho na le moo a ileng a re – _ke ha a tla khelosa batho bana ba lipoletiki ba kheloha haholo, ba kheloha hamannete a re; a councillor eo e leng mobusuoa oa morena, a re ke liea-thoteng li bapile le morena. Ntho eno ea etsa hore baeka ka hobane e se ntse e le batho ba ratang le matla ba k’hok’hobale le ho feta joale ha hothoe ke liea-thoteng li bapile le marena, eaba ba tanka joale o se a hana ho mamela morena eo eleng morena oa hae, eaba o se a utloa hore haesebe ke eena ho itsoe ba ea lekana le morena.
Ba ba phoqa le hofeta,joale ba ba phoqa ka ho fetisisa ka nako eo ba rekeloang tea and coffee and biscuits,empa ba ne ba es’o be le li office e ne e le office tsa matlo ana a maqhofa a lahliloeng ke beng ba ’ona, joale e le office tsa bona.
Joale ba le tea and Ricoffy. Ntho eno e ne e etsa hore ba utloe eka morena ha se letho hohang, ba bitsana bahlomphehi ka mono. Joale ntho eno eile ea ba etsa misdirect haholo, Morena oa ka oa Leribe. Ke ho re ba ile ba k’hok’hobala haholo joale ba lahleha.
Joale le ’ona marena ao a teng ka moo, Ntate Khoabane, ka moo re ba khethetseng, re ba romme, re na le confidence ho bona, re ba ts’epa, ha ba qala ba fihla ka mono ha ke tsebe hore na ba rutoang hobane bona ba isoa induction, ha ba fihla ka mono leha ba ntse ba sena quorum batho bana, Ntate Sempe, batho bano ke bona eka ha se ba fihla ka mono ba se ba ea le batho bana le bona e se e le Bahlomphehi ba re fetohela.
Boholo ba bona ba itebala. Ke ‘nete ha ba na quorum feela, ache, ka ‘nete! Le bona ke bona eka ekare ba rekoa. Ke bona eka induction ena eo ba isoang ho eona ba fihla ba lauoa hore morena ha se letho ha le rata le hane, ehlile ha le rata le ka hana – ka mokhoa oo ke ee ke bone ba le khopo k teng.
Ke ne kere ’na ka tsebo ea ka ke tseba morena e le eena motho ea abang mobu. Motho eo e leng motho oa Morena ha a batla sets’a o ea ho morena a fihle a re, Morena, ke bone sebaka kae-kae, na morena oa ka o ka tiisa hore sebaka seo ha se na motho, ha se occupied? Ebe morena o tiisa taba e joalo o re, e-e, sebaka seo ha se occupied, ‘me haeba ho joalo ebe morena o fa motho enoa oa hae sebaka seo se joalo, ebe motho eo o nka lengolo la recommendation le tsoang ho morena le eang ho council ho re, uena council, roala lieta o il’o hatela motho eo sebakeng se tjena. Ka lebaka leo ho bolela hore motho a fanang ka mobu e ntse e le morena.
Ho ka mpa ha eba le practice e bolutu eou tla thola morena ha a entse recommend ka tsela eo e joalo ebe motho a batlang ho hana o ba le tokelo ea hore a ka hana. Mohla council e reng e il’o hata moo, haeba ho kaba le motho a batlang ho hanyetsa khato eo e morena a entseng recommend, motho eo ea joalo a ka ikela feela a re le se ke la hatela motho eo, ebe oa furalla, oa tsamaea. Ebe joale Council e lokela hore e phuthe-phuthe lintho tsa eona e tsamaee, ha e sa hatela motho eo, because motho e mong o tlile feela a fihla a re, se ke la hatela motho eo.
Ke hore ke utloa e le ntho e seng rational hohang hore motho a itlele a fihle a hane feela. Ke hoba kutloisiso ea ka, Ntate Vice-President, e ne e le hore haeba ho na le motho a ka reng se ke la hatelang motho eo sebakeng seo ke sebaka sa ka o lokela hore a tle le litokomane tse supang hore, ‘ho tloha bochabela point e itseng ho ea Bophirima point e itseng, kae ho ea kae, ke sebaka seo e leng sa ka ka tokomane ena…’ Eseng motho a fihle a re feela se ke la hatela motho enoa, ebe council ha e sa hatile ebe e se e tsamaea.
Ke mokhoa ona, Ntate Motsamai, ehlileng ke ntse ke re ehlile ke thoholetsa hore ho ke ho etsoe komisi e tla tla e hlopha taba tsohle tsa mobu, e ka ba ke urban areas , rurals kapa mobung oa temo kamoo ebang ho ka ba kateng.
Ka ‘nete ke ne kere ha ke qetella litaba tsa ke thoholetse Morena oa Lioli. Ntate, ke utloile hore bana ba hau ho thoe ha ba shapa, ha ba shapa ho tloha Tele ho ea Mechechane! Hothoe ke uena feela ka phafa. Ke ne ke re le ka moso pele ebe pele!
Ke ile ka utloa hore Mants’onyane koana ho ile ha ba le ba bang ba ileng ba atleha Mants’onyane, ‘me le bona ke ntse ke ba lebohela, feela ke ne ke re haholo-holo ena ea mohope ehlile e ka ho uena, Ntate, kahoo kea u thoholetsa ke ntse ke re, Berea ee! Ka ‘nete le kamoso Morena oa ka.
Kea leboha.
HON.SENATOR S.M.G.MASUPHA: Kea leboha, Mohlomphehi Vice-President ka Tlhahiso ena ea bohlokoa eo ke lumelang hantle hore ke bona eka e tlile ka nako e nepahetseng, hobane re bona mobu ho ipapalloa ka oona hoo Morena enoa oa ka kea kholoa eena e se e bile e mo tletse matsoho, hobane naha ea hae eo e neng e lokela ebe ke ea temo e felile, ke lits’a feela.
Ke hore taba ena ke utloa eka ha komisi e ka ea e ba teng taolo e tla ba teng karolong ena e seng e setse.
Mohlomphehi hoja ebe Mohlomphehi Motsamai Tlhahiso ena o kile a nts’ebela hore o tla tla a e kenya ka mona ka Ntlong ke ne ke tla mema Litho tsena kaofela hore li ke li ee ka lebaleng ka Moqebelo – ese ho ea sheba bolo, empa ho ea sheba feela hore na sebaka seo team eo ea ha Masupha e bapallang ho sona na ke sebaka se petetsaneng hakae, se lokelang hore ha komisi e ne e le teng e ne e ka ba shebela sebaka se nepahetseng moo Lioli tsena tsa Masupha li neng li tla tseba hore li thale, re be le moo re nang le litulo teng joaloka Makaoteng mane.
Ke re taba ena e tlile ka nako e nepahetseng haholo, hobane re nakong ena ea Reforms,’me rea tseba hore ka hare ho li Reform tsena tseo ho ntseng ho kapisanoa ka tsona ke bapoletiki li na le moo li buang ka mobu, ‘me mobu ona o shebahala o laotsoe ka tsela eo o tla tla o sebetsa ka eona.
Joale empa ka bomali-mabe litaba tsena li shebahala eka ekare li tla likelloa ke letsatsi, kaha puso ena e teng hona joale ha ke bone eka e tla hlahella ka nq’ane ka li Reform tsena! Ha ke bone! Ka hona ke utloa eka komisi e bohlokoa haholo e tl’o kena lipakeng, e namole,mosebetsi oa eona e tlaba ho namola hore mobu o seke oa sebelisoa hamper, Mohlomphehi.
Ka hona ha ke rate le ho bua haholo, empa ke leka ho tla bontša feela hore taba ena ea Komisi e tla be e tlile ka nako e nepahetseng…
(Interrupted).
HON. SENATOR R. P. L. PEETE: Potso, Ntate Morena oa Lioli.
HON. SENATOR S. G. MASUPHA: Kea u fa, Ntate.
MR. VICE-PRESIDENT: Potso ka Morena Peete.
HON. SENATOR R. P. L. PEETE: Ke re Ntate, Morena oa Lioli, hona le taba mona e buuoeng ke Doctor, ea hore mobu ha o na le lilemo tse fetang boraro o le abandoned o lokela hore o khutlele ho Morena, Morena a o etse re-allocate, o sebetse. U ka re eng ka taba eo? Na ha ele hajoale na taba eo e ntse e etsahala? Re le Marena na re ntse re e etsa?
HON. SENATOR S. G. MASUPHA: Kea leboha, Mohlomphehi. Potso ena e ntle haholo.
Ha e le bonnete taba ena, Morena oa ka, e qetetse nakong eane eo Marena a neng a aba mobu. Batho bana ba Molimo ba beuoe bothateng hobane ba fuoe ntho eo e seng ea bona. Taba ke hore na tsebo eo ba tla e tsebella kae ea hore na mobu oo o na le nako e kae, ntle le hore ka mobu oo ba bolelloe ke Morena oa sebaka seo! Ka ’nete ba kentsoe lipakeng tsa mafika feela malebana le litaba tsena. Ka hona empa ke re feela ke batla ke qetelle ka hore taba ena ke boele ke tiise ke re e etsahetse ka nako e nepahetseng, ‘me hae etsahetse ka nako e nepahetseng, ho tsoa feela hore na ‘Muso oona o teng na o tla e nka o e phamolele holimo, o bone hore Ntlo ena efeela e etsa mosebetsi oa eona, hobane mosebetsi oa Ntlo ena ke ho eletsa. Ke ho eletsa ‘Muso hore ‘Muso o bone, o bone sekoti tseleng. Ke mona ho khethuoe Makhotla ana a Puso ea Libaka, ha a etse mosebetsi oa ‘ona.
Ntho e teng ke hore feela ba ea sitisana le Marena, ‘me moo batho ba sitisanang teng ke lumela hantle hore Komisi ena e tla kena lipakeng, e bone hore e ea namola hore litaba li etsoe hantle. Ka hona kea tšehetsa, Mohlomphehi.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa Linare.
HON. SENATOR J. A. MOTŠOENE: Ha ke u lebohe, Mohlomphehi Motlatsi oa Madam President, ke hlomphe Tafole, ke hlomphe Litho tse Khabane.
Mohlomphehi, e ka ba booatla haholo ha motho o ka thola ka Tlhahiso e kholo hakana-kana, e buang ka taba ea ho thehoa hoa Komisi ea mafapha a fapaneng holim’a mobu.
Mohlomphehi, ke shebile polelo ea pele mona ea khokahanyo ea Melao eohle e amanang le mobu. Ha u sheba Melao ea rona ka har’a naha ka mona, kea kholoa ebile sello sa nako e telele sa Ntlo ena e Khabane hore Melao ea naha ena, haholo-holo e bang molemong oa Sechaba ka kakaretso, e ama le rona re ntse re le Basotho, leha re le Baetapele ba Sechaba sena, e be e tla ba Melao e re futhumallang.
Mohlomphehi, taba ena ea khokahanyo ea Melao u tla fumana hore ona oa Local Government Act, ha o bua ka mobu o bua sena, ha o bua ka phano ea mobu, o bua sena. Molao oa Borena le oona o fihle o bue se ka thoko se itseng ka mobu. Molao oa mobu le oona o fihle o bue ka tsela e fapaneng.
Mohlomphehi, ha hona ntho e bohloko eo u tla fumana hore e ea etsahala – haholo re le Maparamente, re le Matlo a Ketsa Molao, ea hore ha re etse Molao, empa joale seo re se etsang ke ho ‘na re loantšana re tseka maemo kapa tsona litulo.
Mohlomphehi, Setho se Khabane se re khokahanyo ena e amang mobu e be teng. Ruri ‘na ha u ka fihla Leribe koana ke mathata feela. Ha u hlaha mono feela u hlaha u lebane le teropo eno ea haeso ea Hlotse, ke mabone feela a masenke mono; E ka ba ka letsohong le letona kapa le letšehali – ha u tsebe hore na batho ba na ba behiloe ke mang! Ha u re u li sala morao ka tsela e nepahetseng, ke hore u utloa masisa-pelo bosebeletsi liofising mona bo kene litabeng tseno. Ha u re u latela khato holim’a litaba tseno, holim’a phano e joalo hore na ke e Molaong kapa ha se e Molaong, ha u utloe hore na ho etsahala joang ka Makhotleng ka mona.
Mohlomphehi, ke tena ke re Setho sena se Khabane mongá Tlhahiso ena, eleng Mohlomphehi Motsamai, se buile ka taba e kholo ea Komisi hobane ka ’nete Lesotho mona ha le ka la sheba ho tloha Tele ho ea tsoa Mechachane, borata bo iketsetsoang ke Basotho hobane ba hlokometse hore Molao ha o sebetse ho bona ka hare ho naha ena! E-ea, ekanna eaba haeba o oa sebetsa, o sebelletse karoloana e itseng.
Mohlomphehi, Setho se Khabane se bua ka ho akofisa tšebeliso le meralo ea mobu libakeng tsa mabalane le mahaeng. Mohlomphehi, ke mathata feela! Mahaeng mane moo re neng re tseba liphoofolo re li sebelisa temong molemong oa tlhahiso ea lijo, joale bosholu bo akofile ho feta. Lia tsamaea li ea bo Vanderbijl koana.
Basotho esita le bao eleng Litho tsa tširelletso ba se ba bile ba ena le libaka tsa metebo ka naheng ea bohaelane. Eona taba eo, ke eona e ntse e sisinya litaba tsena tsa bosholu bona bo phahameng. Ha e ne e ka tsamaea hantle eona taba ena ea Tlhahiso ea Setho se Khabane, ke utloa ekare e ne e sa tl’o ba phoso haeba moahi oa Africa-Boroa oa Rapolasi a fa Mosotho sebaka hobane a ultoisisa hore ehlile a ka mo khoaela ka lehafing, eba litaba tseo li etsoa hantle ka mokhoa oa mongolo le tumellano ea linaha tse peli.
Mohlomphehi, litaba tse ngata li buuoe mona, empa kea kholoa ea ho rala mobu eka lihlopha tse latelang:
- E le mobu oa Temo
- Oa Khoebo
- Oa Bolulo
- Mesebetsi e meholo
- Boithapollo;
- le tse ling hape-hape.
Mohlomphehi, ho na le litaba tse ngata hampe tseo Setho sena se Khabane a buileng ka tsona: u bona ho runya re lema matlo mobung o nonneng oa Temo, ‘me ua ipotsa hore na e be, Setho se Khabane, ka lilemo tse leshome tse tlang, motho ua ipotsa hore na bophelo e tla be e le ba mofuta ofe, hobane mobu oa Temo re o fetotse mobu oa bolulo.
‘Me ha hona ntho e bohloko, hobane le oona mobu ono oa Temo, Mohlomphehi, ua tseba ba nang le liphaka ba reka mobu oa bafutsana ebe ba siea bafutsana ka cheletjana e tla ba phelisa libeke tse peli feela, ka morao ho libeke tse peli e se e le mathata feela.
Mohlomphehi, le tsona lintlha tseo li ntse li tlameha hore li ke li shejoe ka matla, hobane mobu Lesotho mona, re lehlohonolo ke letlotlo leo re nang le lona. Re ikotla sefuba ka hore mobu ha ke o abetsoe ehlile ke oa ka ke le Monna oa Mosotho kapa Mosali oa Mosotho hore ke bone hore ke phela ka oona.
Mohlomphehi, haeba ho tla phela ba nang le lipotomane feela, ho sala ba sotlehileng ke mathata feela. Mohlomphehi, le tabeng ea khoebo, ua tseba, Mohlomphehi, ha hona ntho e bohloko joaloka hore e be National Planning Board e ile ea felisoa, kaha litaba tse ling tseo e neng e li sebetsa haholo ke tsona tsena. ‘Me ka morao hore tsena tsohle li etsoe hore e tlohe tseleng, meralo e meholo kapa li-policy tse ngata tsa ‘Muso, ha ho kena ba lehlakore le itseng, ba thola ba bang ba ne ba tlile ka meralo, meralo eo ha e sa tsoela pele.
Mohlomphehi, bona Ntlo e kholo ea ka Khosing e nkile lilemo tse kae! Ke ho re ke se ke u bontša feela ho se hlomphe kapa ho se hlomphane. Bona Ntlo ea Senate na e nkile nako e kae! ‘Me litaba tsena li etsoa ke hobane feela ho soetsana ba nang le mokhoa oa ho soetsana.
Mohlomphehi, taba ea bolulo, Setho se Khabane Mohlomphehi Motsamai, ea ho rala mobu ka lihlopha ke tla ho ee ea bolulo, u oa tseba, Mohlomphehi, ho na le litlhahiso tseo re lulang re li fana Pusong? Ha u ka sheba litša tsa ‘Muso, tseo ho se nang le motho ea nang le tšalo morao ea tsona, tseo ba nang le tsebo ka tsona kapa ba nang le matla ba iphang tsona, e ba tse molemong oa malapa a bona!
Mohlomphehi, ha re tle ka mona ka matlong a na a ka mona ka tlas’a teronkong ea bana kapa Setsing sa Tlhabollo ea bana, ka Ha-Ratjomose ka mono. Mohlomphehi, ho ka ntlafatsoa litaba tseno, ke ho re ho buuoe ka moralo. Ha re ka bua ka matlo ana a palamaneng mono… ke re re entse litlhahiso ha ngata ha ke tsebe hore na ka makhetlo a ma kae, re re motho ha a fihla mosebetsing ka nako e ‘ngoe, lelapa ha a es’o be le lona, mohlomong ha ho etsoa meralo kapa ho raloa matlo a palamaneng mono, a nang le mekato, e ka ba ka tlase-tlase ka mane ka moo re reng ke basement, e ba parking ea bona ea likoloi, first floor e ba bachelors, second floor e ba li two-rooms, joalo-joalo, Mohlomphehi, ka mokhoa oo ba ka bang le bokhoni kateng…esitana le kuno ea chelete e ka bang teng ele e khutlelang ka ‘Musong ekaba teng.
Ke hobane le matlo ana a ‘Muso ba ntse ba patala rent khoeli le khoeli. ‘Me, Mohlomphehi, taba ena eo ke buang ka eona e bua ka eona Tlhahiso ena ea hau ka mesebetsi e meholo, boithapollo le tse ling.
Ba bileng Pusong mona lilemong tsa ho feta ka ‘Muso oa Khokanyana-Phiri esale ba re tšepisa le Stadium ha habo rona Leribe koana. Ba re, “a-e, ka ’nete, Batseteli ke bao re tl’o tla re etsa Sports Centre mono, tjena le tjena ho tla ba leng”. ‘Me Litaba tsona tsena tseo ba neng ba li bua, ke hobane tebello e be e le hore Sechaba se fumane mesebetsi ba ikhoholle bofumeng.
Ke taba e buang ka taba ea mesebetsi e moholo tjena, Ntate Setho se Khabane, e le hore naha e ntlafale, ‘me le taba ea moralo oa tšebeliso ea mobu e tle e be le ponaletso.
Mohlomphehi Setho se Khabane Morena oa ka Morena oa Matšekha ke ile ka thaba haholo ha a tlotla Lebotho la Morena oa ka Morena oa Lioli, feela ke ile ka sheba ka tsela eo ba neng ba lutse ka teng ha ba shebelletse bolo stadium moahong o mo telele oane, litulong tse telele. Joale ha a hlaha hanyane ka re Morena le eena eseke ea ba le eena o lutse hona mona. Empa ke ile ka hlokomela hore, a-e, ka ’nete o ne a le ka lebaleng.
Mohlomphehi, ke ne ke re litaba tsena kaofela ke li bua ke ntse ke qopetsa ka mona ka lipapaling hobane Setho se Khabane se bua le ka taba ea boithapollo. Boithapollo bo etsa kelello tse hlakileng.
Mohlomphehi hao bua ka moralo oa tšebeliso ea mobu ka ’nete ke re ka har’a naha ea bo rona ea Lesotho mona, joale ha ho tluoa mobung mona, melata e batla ho reka ka nako e ‘ngoe ba fuoa mobu ke ‘na ke le motho ea phelang ka hare ho sebaka se itseng. ‘Me ha ba fihla melata eno e fihla e kenya likhoebo tseo ebileng le Basotho ba sitoang ho ntlafala ka bo bona. ‘Me ka letsatsi le leng taba ena ha e sa thijoe ka potlako, re tla ithola re se re busoa ke Balichaba, hobane e tla be e le bona ba nkileng taolo ea mobu ka hare ho naha ena.
Ka ho bua tjena, Ntate, ke tlatsa Setho se Khabane hore ho thehoe Komisi ea mafapha a fapaneng holim’a mobu, e le hore meralo e tlang ho etsoa mobung ona e be e molemong oa Basotho ebile e ntlafatsa le maphelo a bona.
Kea tlatsa.
MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa ka oa Mokhotlong.
HON. SENATOR SEEISO: Kea leboha, Ntate Vice-President. Ha ke na ho khobotla joaloka Marena ana a haeso a buang haholo hakana. Ba bua ntho ele ‘ngoe feela ba ntse ba e pota-pota. Empa taba e hlahileng letsatsing lena eo ke e utloileng ka ’nete ketaba ena ea Ntate Motsamai hore ke taba ea bohlokoa.
Ke hobane ke utloile Ntate Lebese le Morena Peete ha ba hlalosa kabo ea mobu, ba e hlalosa ka mekhoa e ‘meli e fapaneng. ‘Me ka ipotsa hore na haeba bona ba etsa Molao, kapa bona ke re ke batho ba ‘Muso e be ba bua ntho e fapaneng mabapi le ho aba mobu – hase feela batho ba iphang litša, ba tseba hore ha hona taolo mobung, ‘me
Ke hona moo eona taba ena ea Ntate Motsamai e bang bohlokoa hore ho lokisoe litaba tse kang tseno, taolo e tsebe ho ba teng, hobane moo ho senang taolo ke ha tali. ‘Me ke bona ekare re fetotse Lesotho ha tali!
Kea leboha, Ntate, taba ena ke ea e tlatsa.
MR. VICE-PRESIDENT: Litho tse Khabane, Tšitsinyo ena e behiloeng ke Honourable Senator Motsamai ho hlakile hore ke taba ea bohlokoa ka tsela e khethehileng. Hona joale motho u mothating oa ho beha taba, empa ke ntse ke ipotsa hore na e be nka e beha kapa ke hore Taba re se ke ra e beha, hobane ho e beha ke ho e koala.
Ka ’nete ke utloa e le bohlokoa haholo hoo! Hape ho na le Litho tse ling – kea kholoa ke Morena Khobane Theko, o ile a re eka Letona le ka be le mengoe le le teng koano ha taba ena e ntse e tšohloa. Joale ke nahana hore haeba taba ena re sa e koale, ke hore nako e tl’o tla e qeteloa a tla mengoe, a tl’o tla a ba teng mona. Hantle-ntle kea hopola hore taba ena ea Li-motion kapa Litšitsinyo tse etsoang ke Litho tsa Ntlo ena, nkile ka bua ka eona Paramenteng ea Leshome
ke le Setho sa Ntlo, ke bua-bua ka matla tjena, hore ke bona eka ekare re le Litho tsa Ntlo ena re bohola khoeli, hobane re etsa litlhahiso tseo re sa tsebeng hore na li fella kae.
Joale ‘na ke utloa eka ekare ke tl’o qholotsa le Komiti ea rona e sebetsanang le Standing Orders hore re ke re li matlafatse, re li fetole hore ha ho ile hoa etsoa tlhahiso kahar’a Ntlo ena, eaba Ntlo e ea e ananela, Letona le tl’o tla le etsa address Ntlo ena ka tlhahiso eno e ananetsoeng ke Ntlo…(LITLATSE)…re e kenye ka hare ho Standing Orders, re tsebe ho tseba hore na ntlha-kemo ea ‘Muso ka Letona le ikarabellang ke efe, eseng re ‘ne re etse litlhahiso tseo re sa tsebeng hore na li fella hokae.
Taba ena e bohlokoa haholo, Litho tse Khabane. Kannete ‘na ke utloile ho builoe litaba tse kholo ka tsela e khethehileng haholo mona, tseo ke utloang eka ekare ke ananela taba eno ea hore re ke re etse litokiso le ba haeso, re ke re meme Mohlomphehi Letona a tl’o tla a ba teng. Ke utloa eka ekare ke bone matsoho, kapa ke utloile liatla ha re bua ka taba ena ea hore re ke re meme Letona, a tl’o ba teng ha re qetela taba ena. Ke utloa eka ekare taba eno e ananela taba ea hore re se ke ra koala taba ena, re ke re boele re tl’o tla re e ts’ohla hape-hape, re tsoela pele ka eona Mohlomphehi Letona a se a le teng. Ke nka hore ka ho cho joalo e ne e le hore Litho li ananela taba ena.
Ke ne ke re pele re phomotsa Ntlo, Litho tse Khabane, ke mpe ke le hopotse litsebiso tsa bohlokoa tseo re ileng ra li etsa mona, haholo-holo tse amang letsatsi la kajeno. E bile hore re ile ra re re na le baeti mona, joale re ne re lakatsa hore re ke re kopane hakhuts’oanyane feela le Litho tse Khabane, ha re qeta ho phomotsa Ntlo, re ke re shebisane lethathamo leno la ts’ebetso hore na re tl’o tla sebetsa joang le bona. Ha e na ho ba mosebetsi o molelele haholo, e tla ba mosebetsi o mokhuts’oanyane.
Ka ntle ho mono re ne re re re hopotse Litho tse Khabane hore re itse Komiti eane ea Ketsa-Molao, ka morao ho tinare kajeno kamor’a lijo tsa mots’eare, e tla tla e kopana le Mohlomphehi Letona la Litaba tsa Khiro le Bosebetsi, holim’a Molao oane oa Insurance Association on Workmen’s Compensation Bill, 2024.
Kannete ha ke behile hakana, Litho tse Khabane, ke kopa hore ke re Ntlo e tla phomola ho fihlela hosane ha hora ea leshome e fetile ka metsotso e mashome a mararo hoseng.
ADJOURNMENT
Thereupon, Mr. Vice-President adjourned the House without question put, pursuant to Standing Orders.
The House accordingly adjourned at 12:33 hrs.