KINGDOM OF LESOTHO
PARLIAMENTARY DEBATES
DAILY HANSARD
OFFICIAL REPORT OF THE SENATE
6th Meeting – First Session
Eleventh Parliament
Date: Tuesday 4th September, 2024.
LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG
1.Hon. Seeiso B. Seeiso | Principal Chief of Matsieng |
2. Hon. Joel A. Motšoene | Principal Chief of Leribe |
3.Hon. Sempe Gabasheane Masupha | Principal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan |
4.Hon. Mamolapo M. Q Majara | Principal Chief of Ha Majara |
5.Hon. Tumane Matela | Principal Chief of Makhoakhoeng |
6.Hon. Moeketsi Moletsane II | Principal Chief of Taung |
7.Hon. Lerotholi Mathealira Seeiso | Principal Chief of Mokhotlong |
8. Hon. Lerotholi L. Seeiso | Principal Chief of Likhoele |
9. Hon. Theko D. Bereng | Principal Chief of Phamong |
10.Hon. Mojela T. Makhaola | Principal Chief of Qacha’s Nek |
11.Hon. Seeiso S. H. Nkuebe | Principal Chief of Quthing |
12.Hon. Nthupi A. Bereng | Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote |
13.Hon. K.L.K Khoabane | Principal Chief of Thaba-Bosiu |
14.Hon. Mitchel S. Maama | Principal Chief of Ha Maama |
15.Hon Moholobela M. Moholobela | Principal Chief of Matelile |
16.Hon. Bereng G. Seeiso Api | Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake |
17. Peete Lesaoana Peete | Principal Chief of Koeneng le Mapoteng |
18.Hon. ’Mako T.Mohale | Principal Chief of Tajane, Ha Moetsana le Ha Mohale |
19. Hon. Khoabane T. Mojela | Principal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso |
20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli | Principal Chief of Botha-Bothe |
21.Hon. Pontšo S. Mathealira | Principal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere |
22.Hon. Qeto Sekonyela | Principal Chief of Malingoaneng |
23.Hon.’Mawinnie Kanetsi | Senator |
24. Hon. Lebona Khoaele | Senator |
25. Hon. Thabiso Lebese | Senator |
26. Hon. ‘Maphakiso Lebona | Senator |
27. Hon. ’Mabataung Patricia Mokhathali | Senator |
28. Hon.Sehlooho HenryMonatsi | Senator |
29. Hon. ‘Makholu Moshoeshoe | Senator |
30. Hon. Neo Matjato Moteane | Senator |
31. Hon. Seabata Motsamai | Senator |
32. Hon.Richard Ramoeletsi | Senator |
33. Hon. Limpho Tau | Senator |
PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO
SENATE CHAMBER
Wednesday 4th September, 2024
(MR. VICE-PRESIDENT in the Chair)
The House assembled at 10:30 a.m.
PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer
ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR
MR. VICE-PRESIDENT: Kea le lumelisa le ho le amohela, Litho tse Khabane, Tulong ea kajeno ea letsatsi la Laboraro.
Ke na le litsebiso tse fokolang, kaha boholo ba tsona, kapa kaofela hoa tsona ha li ncha, ke taba ea khophotso feela:
Ea pele, ke hore lea tseba, Litho tse Khabane, kajeno hore ke letsatsi leo Litho li botsang Matona a Khabane lipotso, ‘me ho tla ba joalo kajeno, joalokaha lipotso li le teng.
Ea bobeli, ke ea hore rea hopola hore Setho se Khabane Honourable ‘Mawinnie Kanetsi, a tlatsitsoe ke Dr. Thabiso Lebese, ba ile ba etsa Tlhahiso ka mona e buang ka litaba tsa thuto le Lekala lane la Lichelete. Le tla hopola, Litho tse Khabane, hore bekeng e fetileng ka Labone le ile la lumellana, la etsa qeto ea hore litaba tsa ho ts’ohla Tlhahiso ena li ke li phomo-phomotsoe, li re khefu hanyanyane, ho fa Matona a Khabane le boemeli ba makala a bona hore ba tl’o tla ba ba teng, ba tl’o mamela litaba tseno tse mashoetla, tseo le neng le li bua. Ka ho cho joalo, ke leka ho bonts’a hore ka morao ho lipotso, re tla tsoela pele ka Tlhahiso eno e ileng ea re, khefu, ka Labone.
Tsebiso ea ho qetela, Litho tse Khabane, ke hore maobane le tla hopola hore re ne re amohela Morena oa Sehlooho oa Phamong ka koano, Morena Theko Bereng, e le Setho sa Ntlo ea Senate. Le tla hopola hore Mohlomphehi President nakong eo a neng a mo amohela o ile a bonts’a hore ka lebaka la mosebetsi o batlang o petetsane haholo oa maobane, oa Legislation Committee, le oa Government Assurance, e neng e na le nako e behiloeng hore e tle e ee mane Home Affairs, ha ho na ho ba le nako ea hore Litho tse Khabane li ke li lahlele a mabeli, a mararo, ho amohela Morena oa Sehlooho oa Phamong. Ka lebaka leno, ka morao ho Tlhahiso, re tla le fa monyetla hore le tle le amohele Morena oa Sehlooho oa Phamong, e le Setho se secha sa Ntlo ea Senate.
Next item, Mr. Clerk
ORAL ANSWERS TO QUESTIONS.
QUESTION 44. CONNECTION TO ELECTRICITY GRID OF AREAS FROM MOITS’UPELI TO HA MANTS’A
Hon. Sneator B.G. Api asked the Minister of Energy to apprise the Honourable Senate as to when shall the following areas be connected to the National electricity grid:
– Ha Moits’upeli
– Ha Ramabanta
– Ha Mants’a
HON. PROF. N. MAHAO (MINISTER OF ENERGY): Ke kopa ke u lebohe, Mohlomphehi Vice-President. Karabo ea potso ea Mohlomphehi Morena oa ka oa Ha Ramabanta ke e latelang:
Ke tsebisa Ntlo ena e Khabane hore Lekala le se le entse boithuto ba mathomo (pre-feasibility studies) bo lokisetsang ho tla haha marang-rang a kopanyang setsi sa phepelo ea motlakase se Ha Mofoka le Qacha’s Nek. Kahar’a boithuto bona ho hlahile metse e hlahang potsong ena ea Morena oa ka, hore e tle e hokeloe ka motlakase ha ho ahuoa marang-rang ana a tla beng a tloha Ha Mofoka, ho leba Qacha’s Nek.
Lekala le tla etsa meralo ea khaho ea marang-rang (detailed designs) haufinyane, ‘me ka nako eo mosebetsi o kenyoang ts’ebetsong, khokelo ena e tla etsoa ea metse e boletsoeng.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Mohlomphehi Letona le Khabane, ke lebetse ho u hopotsa pele u araba hore ha u nts’u le Setho sa Ntlo ena e Khabane Paramenteng e fetileng ea Leshome, re ile ra bua ka Government Assurance ka mona hore ha le ile la bua le le Bahlomphehi Matona, le sale mosebetsi oa lona morao. Joale ke lebetse ho u hopotsa hore u bue litaba u tseba hore ba ka ‘na ba tla u sala morao…(LITS’EHO)…
HON. PROF. N. MAHAO: Kannete ua nepa, ke tseba hantle litaba tseno, Ntate Vice-President, ‘me kannete boitlamo boo rea beng re bo etsa, ke boo re ikemiselitseng ho bo phethahatsa. Re ke ke ra tla ka pele ho Ntlo ena e hlomphehang le sechaba se re shebileng le ho re mamela, ebe re fana ka thetso.
Ke mpa ke rata hore ke re, Mohlomphehi Vice-President, ke boele ke etse kopo eo ke ileng ka e etsa lekhetlo la ho qetela ha ke ne ke le ka mona. E ne eka lipotso li ka romelloa ho rona ka nako. Ena ke e fumane ke se ke e romelloa ke Letona le Khabane bosiung ba maobane!
E leng hore ha u fumana karabo e kang ena – le ‘na kea be ke rata hore nke ke ipotse lipotso tse tebileng, ke be ke e khutlisetse morao ha ke utloa eka ho na le moo ekang ha e nkholise teng. Empa haeba ke fumana potso by 9:00 o’clock last night, joale bahlanka ba mpha eona ha ke qeta ho ba romella eona e le ka sebopeho se tjena, e etsa hore re se ke ra botsa detailed questions, e le hore re tle re arabe ka mokhoa o khotsofatsang Setho se Khabane se botsitseng, esita le rona re ikholisitse hore details tse hlahang mona efeela e le tsona, ‘me ra li botsa lipotso.
Ke ntse ke kopa kannete hore re n’o li romeloa ka nako, directly to us. Kea tseba hore kamor’a hore ke etsoe demote hore ebe ke tloha kahar’a Ntlo ena ea Mahosana, ke isoa ho eane e Katlaase, joale e ka ‘na eaba ha ke sa le teng ho list ea lona ea correspondence, empa kannete ha li lokisoe litaba tseno, re n’o fumane lipotso ka nako, hobane bahlanka ba tla u etsetsa karabo, ka nako e ‘ngoe u utloe u rata ho ba bitsa hore, ‘ak’u hl’u hlalose hantle, ke batla ke fane ka karabo e chorileng, eo le ‘na ke khotsofetseng hantle ka eona’.
Empa he, tabeng ena eo ke qetang ho hlalosa litaba tsa eona, kannete moralo o moholo o tl’o tla tloha station-ing sa rona se Ha Mofoka, ho leba Qacha’s Nek. It is a major line all the way ho ea Sehlaba-Thebe, ‘me pre-feasibility studies li se li entsoe, joale hoo re seng re ts’oanetse hore re ho etse ke hore ho etsoe the final designs, mosebetsi o tsebe ho qala.
Kea leboha, Mohlomphehi.
MR. VICE-PRESIDENT: Ke tla fa mong’a potso pele, a tla a etse potso e nyanyeletsang; ke tla tla ho uena.
Ke ne mpa feela ke re ke tle ke behe mantsoenyana a mabeli holim’a litaba tse behiloeng ke Mohlomphehi Letona, haholo-holo tsena tsa hore lipotso li n’o fihle ho bona ka nako. Ke ntse ke bua le Ntate Clerk mona, a ntiisetsa hore lipotso tsena li ile liofising tsa lona le le Bahlomphehi Matona libeke tse peli tse fetileng, ‘me taba ena e ea bonts’a hore neheletsano ea litaba lipakeng tsa liofisi tsa rona ha e ea nepahala, e lokela hore e hlahlojoe bocha hape.
Ntho eo ke boetseng ke ithuta eona hape ke hore hantle-ntle maobane, ka nako eno eo u buang ka eona, ke ile ka bua le Mohlomphehi Letona Richard Ramoeletsi, ke re, ‘hela Mohlomphehi, ka boemo ba hau u le Rasephali oa ‘Muso ka mona ka Ntlong ea Senate, hopola ho hopotsa Bahlomphehi Matona a Khabane hore ba na le lipotso tse latelang, tseo ba lokelang ho tla li araba hosane’.
Taba ena e mpolella hore ho re ebe u teng ka koano, ke ka labaka la Honourable Richard Ramoeletsi, hase ka lebaka la system ea rona eo re e sebelisang ho neheletsana litaba, hobane li isoa liofising tsa Bangoli ba Baholo. Ho hlakile hore taba ena ea melaetsa e tlohang koano ka Ofisi ea Mongoli e Moholo oa Ntlo ea Senate, li ea Liofising tsa Bangoli ba Baholo Makaleng a ‘Muso, ho na le moo e sa sebetseng hantle hona teng, hobane joale re sebelelitsoe ke enoa; ha ke tsebe ho Bahlomphehi Matona a mang hore na ho sebelitse eona ena, ‘me haeba u khonne hore kamor’a 9 mantsiboea ebe u sebelitse litaba tseno, ho nts’o bonahala hore hoja ha re ka ba ra bua le Honourable RichardRamoeletsi, ehlile u ka be u le sieo, kapa Bahlomphehi Matona ba ka be ba le sieo ka koano, ‘me taba eno re tla lula fats’e, re tl’o e lokisa le Ntate Clerk.
Honourable Senator Api, ke kopa hore u nyanyeletse.
HON. SENATOR B.G. API: Ha ke lebohe, Mohlomphehi. Ha ke nyanyeletsa tabeng ena ke re ruri ena eo ke e botsang Letona le Khabane, ke utloa karabo, Mohlomphehi, feela karabo eo ke e utloang ke karolo e kang ho ts’episa, hobane ha ke utloe eka sechaba sane se tlaase mane, seo ke se botsetsang potso ena, seno se mpotsang ka karolo ea motlakase bosiu le mots’eare, eka u se fa karabo ea hore pele selemo sena se fela taba eno ke tla be ke e fetile, kapa likhakanyong tsa lichelete tsa selemo se tlang ke hona ha ke tla be ke le karolong eno ea mofuta ono.
Ke hobane taba ena ruri ke taba ea khale, Mohlomphehi, le uena ua tseba, kea kholoa ho tloha esale Mohlomphehi Mochoboroane. Ke potso eo esaleng ke ntse ke e mathela ea motlakase tikolong ea Ha Ramabanta. Ho tloha le ho uena u sa le Letona la Motlakase…
[LITS’EHO]
…haesale e le potso eo ke ntseng ke u botsa eona, le letsatsing lena e ntse e le karabo e bobebe feela eo ke reng Bahlomphehi ha ba ke ba hlakise hore na sebaka sena bothata bo hokae hore ba ke ba nkhokellele sona, hobane joale litlhoko li kholo tse kahar’a sebaka sane se ka mane, litlhoko tse ka mono li kholo haholo.
Ke ho re a ke a tiise feela hore mohlomong beke e tlang ke tla bona teraka e fihla e beha lipalo ka mono, eba sechaba se khotsofetse, joale a ke a hle a arabe a e tobisa sechabeng, ehlile a fana hore selemo se tlang, kapa selemo sona sena, hang-hang.
MR. VICE-PRESIDENT: Mohlomphehi Letona, u na le any comments?
HON. PROF. N. MAHAO: Mohlomphehi Vice-President, kannete ke sitoa ho u arabela. Ke utloile hore le uena ua ameha, empa ntho eo ke ratang hore ke e tiisetse Morena oa ka, esita le Ntlo ena e Khabane, ke hore re fetotse meralo. Moralo o neng o ntse o le teng o n’o re re tla be re fihletse ho fepela Lesotho ka 2038, empa re theohetse ho 2030. Ha re etsa joalo, re shebile le ‘mapa oa marang-rang a rona. Libakeng tse ling re ne re fihlela ka mokhoa oa ntho e bitsoang mini grids, e leng motlakase oa letsatsi o ka fehloang kahar’a tikoloho ho fepela metse e mono.
Empa joale ha re sheba hore sebakeng se seng marang-rang ana a LEC a se a ntse a tl’o tla feta ho sona, e le hore re etse rationalise resources tse teng, eba re tla re sebakeng sena joale ha re sa tla beha mini grids ho sebeletsa sechaba seno se mono, e le hore mini grids tseno li ee libakeng tse hole le marang-rang.
Ka tsela e joalo sebaka sena sa Morena oa ka, kannete se hantle feela moo line e il’o tsamaea teng, ena e tlohang Ha Mofoka ho ea fihla Qacha le Sehlaba-Thebe. Ka tsela eno re bone eka e tla be e se ts’ebeliso e ntle ea resources, ha re ka boetse ra beha system ea nakoana mono, empa re se re ntse re tl’o kenya the main line.
Hoa bohlokoa ke hore re mpe re boloke resources tseno tse teng, re li ise libakeng tse ling tse holenyana le moo marang-rang a leng hona teng.
Tiisetso ea ka, eo nka e etsetsang Morena oa ka, ke hore ke tla khutla ke e’o sheba hantle hore na ka mokotleng ho na le eng, ‘me haeba ho le teng re tla bona na re etsa joang. Joale feela ua tseba, Morena oa ka, hore likhomo ha li kae, batho re bangata. Kea leboha.
HON. SENATOR M.T. MAKHAOLA: Kea leboha, Mohlomphehi.
Ke hlomphe Matona a Khabane a ‘Muso a Lesotho.
Ke ne ke re kannete, Mohlomphehi, ke ema ke ts’ehetsa karabo eo u faneng ka eona, ke ts’ehetsa karabo ea Mohlomphehi Letona la Matla, hobane karabo eo a re fileng eona re se re ile ra e utloa. Joale litaba tsa matla ke litaba tse boima haholo, naha ea rona e imetsoe, kea kholoa joaleka moahi le letsoalloa ke tseba crisis, rea e utloa ka mahlokoana a tsela, mathata a teng…
MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa ka, ke ne ke nahana hore u aletsa feela, u tsebe ho botsa potso.
HON. M.T. MAKHAOLA: Ke re ke ts’ehetsa karabo ea Mohlomphehi.
MR. VICE-PRESIDENT: Potso ha e eo?
HON. SENATOR M.T. MAKHAOLA: E, kea mo ts’ehetsa, ha ke mo botse. Ke etsa hore a utloe kannete hore re e utloile karabo ea hae, e fihlile litsebeng tse utloang…
[LERATA]…
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Morena oa ka. Rea leboha.
HON SENATOR M.T. MAKHAOLA: Re mo ts’epile, rea lumela hore tsena li tla phethahala.
Khotso, Ntate.
HON. SENATOR T.M MOHALE: Kea leboha ,hle, Ntate Motlatsi oa President. Potso ea ka ho Letona le Khabane mabapi le karabo
eo Letona le qetang ho fana ka eona, ke ea hore na maemong ana ao Letona le hlalosang hore setsi sa Motlakase se na le mathata a lichelete – ho na le Litlaleho tseo Letona le nts’eng le supa hore LEC e na le mathata a ts’abehang a Chelete. Ke botsa hore na maemong ana ao Lekala la Motlakase le hlokang chelete, na Letona le bona eka ho tla ba bobebe hakae hore Meralo ena eo Letona le e supang e tla phethahala na?
HON. PROF. N.L. MAHAO: Kea leboha, Mohlomphehi. Ke ipiletsa hore ke arole lintho tse peli, ea pele ke ea mathata ao Setsi sa Phehlo ea Motlakase se nang le ‘ona, A kathoko. Ea Bobeli, e be ho re ha e le litabeng tsena tsa kanetso ea motlakase naha ka bophara, ke litaba tse kenyoang Likhakanyong tsa Lichelete tsa Selemo, ‘me re abetsoe lichelete ke Matlo ana a mabeli a Paramente tsa Selemo sena. Ke tsona tsane tseo ke itseng haeba moo ho seng ho abiloe teng ho ka bonahala ho na le ho ntseng ho setse ka sekotlolong, ke tla chakela litaba tsena tsa Morena oa ka oa Ha Ramabanta, ‘ me re bone hore na re ka etsa joang.
Litaba tsena hase ntho e le ‘ngoe. LEC mosebetsi oa eona ke ho hokela, feela phepelo ea lichelete tse etsang hore e phethe mosebetsi ono ha e tsoe ho LEC, e tsoa Mokotleng oa Sechaba, ‘me Mokotla oa Sechaba o abiloe o ntse o etsa mosebetsi, hoo tebello e leng hore bao ba ntse ba tsoela pele ho phethahatsa ho latela hore na Mokotla o ne o le hakae.
MR. VICE-PRESIDENT: Next item, Mr. Clerk!
Question 45:
‘ROAD IN STATE OF DISREPAIR’
Hon. Senator B.G. Api asked the Minister of Public Works and Transport if he is aware of the bad state of the road from Ribaneng Ha Kerefisi, to Ha Lebona; and
If the Minister is aware, how soon shall his Ministry begin the reconstruction of the road?
HON. SENATOR L. TAU (MINISTER IN THE PRIME-MINISTER’S OFFICE ON BEHALF OF MINISTER OF PUBLIC WORKS AND TRANSPORT): Kea leboha. Karabo ea Potso ena e baleha tjena:
‘Tsela ea Ribaneng Ha Kerefisi, ho ea Ha Lebona, e fuoeng Nomoro ea B2533/01 e fella Ha Mapesela Kubake. Ke tsela ea 9.74km. Lekala la Mesebetsi ea Sechaba le Lipalangoang le etse hloko boemo ba Tsela ena, bo hlobaetsang, joaloka litsela tse ling tse maemong a ts’oanang kahar’a naha.
Leha ho le joalo, tokiso ea Tsela ena ha e-ea atleha ho kenella Likhakanyong tsa Lichelete lilemong tse ‘maloa tse fetileng ekasitana le Selemong sena sa Lichelete seo re leng ho sona ka lebaka la khaello ea lichelete. Lekala la haeso le se le ikelelitse ho kopela Tsela ena lichelete tsa tokiso Selemong se tlang sa Lichelete.
Ke eona Karabo, Mohlomphehi.
Kea leboha.
HON. SENATOR B.G. API: Mohlomphehi, ke utloa Karabo ea Letona le Khabane, empa ke re ruri motho ha ke tsebe na ke tlameha ho re’ng, hobane tsela ena e tlohang Matelile ho ea Ribaneng ke tsela e hlobaetsang haholo, eo ke ipotsang ka matsatsi ‘ohle hore na ebe Bahlomphehi ho sechaba sena se khethang, ebe ho bona ba re’ng!
Ke hobane beng ba likoloi tse tsamaelang libakeng tseno ke hore ka nako ena eo beng ba eona ba e bitsang nako ea rush, ea weekends tse kholo, motho ua hauha ha u sheba hore na likoloi tsena na li tsamaea maemong a joang.
Likotsi tse bang tikolohong eno ea ho tloha Matelile ho ea ka Nokeng ea Makhaleng ke tse mpe hoo naha ena e eeng e qetelle e kena lits’enyehelong tsa rona ka nako e ‘ngoe e reka makase, hobane bophelo ba batho bo felile.
Joale letsatsing lena ha motho u utloa Karabelo eo, e reng ha e tsoa ho Letona e re ke hona ho tla lokisetsoa nako e itseng, motho u khathala matla. Nka re feela kannete ese eka Lekala le se le ka mpa la akhela leha ele lehare mohlomong, ele hore tsela eno e beoe maemong a hore e mpe e tsamaehe ho tloha Matelile ho ea Ribaneng, etle ere Moralong ono, oo ebang o tla tla pele ho mono, ho be le se ka etsoang molemong oa sechaba.
Ke eona karolo, eo ke reng kannete ke se ke kopa, ese eka Letona le ka etsa Karolo e joalo ha e le mona le re Selemong se tlang ke hona ho ka lokisetsoang Tsela eno hore e kopeloe lichelete, empa hona joale ke se ke kopa molemong oa sechaba seno se phelang metseng e ka mono (le ‘na ese e bile eka ke lahlile sechaba ha ke tlameha ho ea etsa lipitso le tse ling ka mono. Ha ke lokela ho ea fana ka lits’ebeletso ka mono, ke bothata, hobane mokhoa oa ho tsamaea ha o bobebe).
HON. SENATOR L. TAU: Kea leboha, Mohlomphehi. Ka ‘nete ehlile Tsela eno, ea ho tloha Matelile ho ea Ribaneng, ke e ‘ngoe ea litsela tse ka bang tharo kapa ‘ne, ha u nka tsela ea ho tloha Thaba-Tseka ho ea Mokhotlong u tsamaea ka Ha Makunyapane, u nka ea ho tloha Thaba-Tseka u ea Katse, eo eona e seng e bile e na le lichelete tse tl’o e lokisa ho e beha boemong ba lets’oana. U nka tsela e tlohang Ha Makunyapane u ea Sehlaba-Thebe, joale u nka eona ena e tlohang Matelile e pota ka Ribaneng, ke eane e e’o likela bo-Mpharane e be e fihle Mohale’s Hoek. Joale u nke ea Phamong. Ke tse ling tsa Litsela tseo Lekala la haeso le li shebileng kamatla a maholo.
Leha ho le joalo, ho na le lets’olo le etsoang kahar’a Lekala la Mesebetsi e Meholo le bitsoang ‘Operation Titima’ le hlileng le shebaneng le hore moo ebang litsela li se li utloile bohloko haholo, joale ho mpe ho sebelisoe taba eno ea lehare ele ho kata-kata hore ho nne ho tsamaehe.
Ka ‘nete ha e le mona Morena oa ka a se a buile ka taba ea hore e mpe, e shejoe, litaba tsena li tla fihla Lekaleng, ‘me re tla bona hore e otloa-otloa ka lehare ele hore ho tsamaea ho nne ho be bonolo, ho fihlela lichelete li abiloe Selemong se tlang sa Lichelete- e ka sebetsoa.
HON. SENATOR S.H. MONATSI: Ke nyanyeletsa ka potso e khuts’oanyane.
Letona le se le supile hore ho na le ‘Operation Titima’. Ke etsa kopo ho Letona la Litsela hore, oele, le Malingoaneng e hopoloe tabeng ea ‘Operation litima-mollo’…
[LITS’EHO…].
Ho na le tsela e tlohang Mapholaneng e leba Matsoku, moo sebakeng seo sa Matsoku e leng sechaba se sengata haholo. Beng ba makoloi a baeti ba se ba bile ba li hutse, li se li sa ee Mapholaneng, ‘me bo-‘m’e ba pepa bana ka lipere. Taba ena e etsoa ka lebaka la tsela e mpe.
Hona ka mono ka Tseleng eo e tlohang Mapholaneng e ea Matsoku ho na le likiri tse peli tseo boea ba sechaba bo sitiloeng ho tsamaea, beng ba literaka ba sitoa ho fihla ka lebaka la bobe ba tsela. Sekiri sa Nts’upe le Matsoku ha lia rekisa. Ene ele ka ‘Mantaha oona ona oa la 2 ha bana ba ‘maraka ba BKB ba qetela ho reka boea ba lipoli, empa boea bo ntse bo koalletsoe kantle, ha boa tsamaea ka lebaka la bosieo ba tsela.
Ke se ke re ‘Operation litima’ e mpe e shebe le tsela eo ka mane ka Malingoaneng. Ke etsa kopo ho Letona le Khabane.
MR. VICE-PRESIDENT: Litho tse Khabane, ke ne ke re ke le hopotse hore ha le na le lipotso, le batla ho bua, re tla le bona ka ho ema.
HON. SENATOR L. TAU: Kea leboha, Mohlomphehi. Mohlomphehi, ke buile ka ‘Operation Titima’ eseng litima-mollo…
[LITS’EHO…]
Ka lehlohonolo, Tsela ena eo Setho se Khabane se buang ka eona, ea ho tloha Mapholaneng ho ea Matsoku, ehlile ke e ‘ngoe ea litsela tse ntseng li re ts’oentse, ‘me ke tla nka taba ena ea Setho se Khabane mofao ho khutlela Lekaleng ho bona na e ka sebetsoa joang.
HON. SENATOR R.P.L. PEETE: Potso ea ka e nyanyeletsang, ke ho re ke utloa le ntse le araba hantle, che, le sa re, qii, hantle! Empa feela ha ho na taba, kaha moo ke batlang ho ea teng ke ho re na Lekala le na le moralo oa ho etsa maintain litsela tse seng li ntse li le teng na?
Tsela ena e tlohang Maseru to Hlotse, e li-pothole li ngata haholo, Letona le Khabane lea e tseba taba ena. Re ne re ile ra bona ha le qeta ho kena pusong, ra ba ra khothala haholo rona ba bang, ho na le batho ba ntseng ba lokisa kathoko ka mona, ho etsoa liforo ho lekoa ho lokisoa. Batho bano ba se ba nyametse! Kapa e ne ele strategy sa hore feela re rokoe mahlo a naketsana re le sechaba na?
Ke ne ke bona eka e tla thusa taba eno ea hore ho etsoe liforo ele hore ha ho ba le lipula tse mpe metsi a se ke a senya tsela.
Na Lekala le na le strategy sa ho etsa maintain litsela tse seng li ntse li le teng? Hlt
HON. SENATOR L. TAU: Ka ‘nete ke ne ke ile ka bua ka ‘Operation Titima’ eseng ‘litima-mollo’…
[LITS’EHO…]
Tsela ena eo Morena oa ka oa Mats’ekha a buang ka eona, ea ho tloha Maseru ho ea fihla Hlotse, ka lehlohonolo Letona la Litaba tsa Machabeng ke lena le teng, kaha e oela Moralong oane oa tsela ea ho tloha Thaba-Tseka ho ea Katse oa hore tsela eno e phahamisetsoe boemong ba lets’oana.
Thuso ea lichelete e fumanoeng, karolo ea eona e ‘ ngoe ehlile e tl’o sebetsana le tsela ea ho tloha Maseru ho ea Hlotse ho fihlela mane ‘Malesaoana, e leng e hlahang Butha-Buthe. E etsa ntho e bitsoang ‘intensive spot repairs’ ka hore e hle e lokisoe hore e be boemong bo botle haholo.
Re tla hopola hore ke tsela ea khale haholo, ea nako e telele, le moo ebang mohlomong ho ne ho ntse ho katoa teng, re bone ekare ke eno ea bola, joale e se e bile e ba bohloko ho feta.
E leng ho re ‘Operation Titima’ e sebetsana le taba ea maintenance. Ena eo Morena oa Mats’ekha a buang ka eona, ehlile Karoloana ea eona ke chelete e tl’o sebetsa Thaba-Tseka to Katse, e lokise Maseru ho ea Hlotse, e be e etse upgrade the border facilities mane Maputsoe ele hore ho potlakisoe khoebo. Ke Chelete e seng e tekenetsoe hore e kene ts’ebetsong.
MR. VICE-PRESIDENT: Letona le Khabane, ua lebala hore Hon. Monatsi ene ele ‘setima-mollo’
[LITSEHO…]
…joale ke ntho ena a ntseng a bua ka ‘litima-mollo’..
[LITS’EHO…]
HON. SENATOR M.L. LEBONA: Kea leboha.
Ke utloile Letona ha le araba Potso ea Morena oa Ha Ramabanta, le kenyeletsa sebaka sa habo rona sa Mohale’s Hoek sa tsela ea Ribaneng to Mpharane. Ke botsa Letona hore na le ts’episa sechaba seo sa libaka tseo hore Selemong see se tlang sa Lichelete re ts’epe hore Tsela eo e tla kenella meralong na?
HON. SENATOR L. TAU: Kea leboha, Mohlomphehi.
Ka ‘nete ke ne ke ile ka re tsela eo ea ho tloha Matelile, Ribaneng ‘Masemousu, joalo, ho ea likela Mpharane, ke e ‘ngoe ea litsela tse kholo tse ‘ne, kapa tse tharo. Ke ne ke ile ka supa Thaba-Tseka – Mokhotlong, Phamong, Matelile le Mpharane ho pota ka libakeng tse seng li boletsoe le Thaba-Tseka le Katse hore ke tse ling tse kholo haholo, tse reretsoeng hore ha lichelete li lumela, tsona eseke eaba taba ea ho lokisoa feela, li hle li ee boemong ba lets’oana.
Ke ile ka ba ka supa hore ea Thaba-Tseka to Katse eona ho se ho ntse ho sebetsoa hore e lokisoe. Tsena tse ling etlare ha lichelete li lumela ebe joale le tsona lia lokisoa. Ke tse ling tse ‘ne kapa tse tharo tse hloauoeng hore li tle li sebetsoe, li behoe boemong ba lets’oana, leha e-ba e ke ke ea e-ba Selemong sena se tlang sa Lichelete.
QUESTION 46. ELUCIDATION ON THE FUNCTIONS OF LESOTHO’S FOREIGN MISSIONS
Hon. Senator S. Motsamai asked the Minister of Foreign and
International Relations the following on Lesotho’s Missions
Abroad:
- Could the Minister elaborate on areas of interest in each Mission;
- What kind of qualifications for diplomatic staff is necessary to match those interests,
- How is deployed staff recruited for each Mission?
HON. L. MPOTJOANE (MINISTER OF FOREIGN AFFAIRS AND INTERNATIONAL RELATIONS): Kea leboha, Mohlomphehi, ka Potso ena e thata ea Setho se Khabane Ntate Motsamai. Karabo ea eona e tla batla e ba teletsana, kahoo ke tla kopa ts’oarelo.
Litaba tsena tsa rona tsa likhiro Lekaleng lena la Tsa Machabeng ehlile ba shebana haholo le mosebetsi o bataletseng haholo ka libaka ka ho fapakana.
Ke araba Potso ena ka hore ke qale ka karolo ea eona ea (b), e reng na ho hlokahala litsebo life ho etsa mosebetsi ona. Litsebo ehlile lia fapana, li ngata haholo. Ha re bua ka diplomatic staff re bua ka Bahlanka ba sebetsang moo matlong a boemeli ba naha ea Lesotho, ho tloha ka ea bitsoang First Secretary ho ea ho eona Ambassador.
Ho li-Consulate mona Afrika Boroa, re na le Assistant Consul mono, ‘me ho ba bang ba bona ho ee ho batloe mangolo ho tloha ka Diploma.
Ho latela hore na mosebetsi o pharalletse hakae, re ee re batle hore ebe motsoako oa litsebo tse batlang li le ngata haholo ele hore ba tsebe ho fihlela litlhoko tsohle tsa naha. Empa ka hobane joale kaha re naha e ntseng e batla e le kojoana li mahetleng, motebo o le mong o alositse linaha tse ngata haholo tse batlang li arohane. Ka hona hoa nepahala hore re be le motsoako oo o motle.
Ka hona taba e ‘ngoe e bohlokoa haholo ea litsebo e lokela ho kenyelletsa le taba ea litsebo tsa oona mosebetsi ka bo-oona, oa diplomacy.
Karabo ea bobeli, ea Potso ena, ke ea ©, ho re na joale re latela process ea mofuta ofe hore re qetelle re behile batho mosebetsing o joalo.
Bahlanka ba eang mosebetsing ono, ke qala ka ba kaholimo-limo bao eleng Baemeli ba naha ea Lesotho kapa batho ba bitsoang li-Ambassador, ba hloauoa ke Mohlomphehi Tona-Kholo. E leng ho re ba behoa ke Motlotlehi ka boeletsi ba Tona-Kholo.
Ha motho ea joalo,ho se ho ikhotsofalitsoe hore o nepahetse a ka ea mosebetsing o joalo, eba joale re tla ngolla naha e joalo ho e bolella hore re na le motho oa mofuta o itseng, eo re le naha re nang le thahasello ea hore a tl’o emela naha ea habo rona sebakeng seo.
Naha eo e etsa tlhatlhobo ea motho eo ea joalo oa rona ebe e khutlisa lengolo le bitsoang ‘agreemor’. Ke ka lengolo leno, ha ba ikhotsofalitse, ho re, ‘re le naha, re hlile rea ananela hore le emeloe ke motho oa sebopeho se joalo naheng ea habo rona’.
Ha lengolo leo le se le tsoile ke moo joale re tla tsamaea methati e nepahetseng hore motho ea joalo a ka qetella a lokolohile ho ea emela naha ea Lesotho.
Ho ba ka tlas’a mono, ho tloha ho Minister Councillor, Councillor, First Secretary, joalo-joalo, re tsamaea ka Molao oa rona oa Public Service hore batho ba qetelle ba ile boikarabellong boo bo boholo.
Re sebetsa ka Bahlanka ka mekhahlelo. Nka beha e meraro e fapaneng. Re na le Bahlanka ba seng ba ntse ba le teng kahar’a mosebetsi ona oa Foreign Service, bao bona motho a tla be a tloha mona Lekaleng, ebe rea mo romela. O se a ntse a le teng kahar’a Service, hase process e thata haholo, le ka letsatsi feela motho re ka mo romela, ra mo rekela tekete a tsamaea a e’o etsa mosebetsi.
Re boetse re na le Bahlanka ba sebetsang Makaleng a mang ba tsamaeang ka ntho e bitsoang ‘Special Assignment’. Mona o lokela hore joale a tlohe Lekaleng leo a leng ho lona, joale a tle mona ho tla nka boikarabello boo.
E leng ho re ho tla ngoloa litokomane tse kopang motho ea joalo hore a fumane transfer ea ho tloha Lekaleng la hae, joale a ‘ne a ee through eona Public Service ho bona hore mangolo a hae le boiphihlelo ba hae li fela li lokela mosebetsi ona oo re reng a e’o o etsa.
Ha Public Service Commission e qetile mosebetsi ono oa eona, e tla re romella mabitso a motho eno, ebe rea mo lokolla a tsamaee a e’o etsa mosebetsi.
Re boetse re na le mokhahlelo o mong hape oa batho ba ka thoko ho Civil Service. Bao le bona ba ntse ba tsamaea through the Public Service Commission. Eba ba tla ea ho ea botsoa lipotso, ba arabe, ‘me Public Service Commission ha e ikhotsofalitse e tla romella ‘The Comminication Minute’ e re bonts’a hore e khotsofetse ke motho ea joalo, a ka lokoloha a ea. Joale eba o ngolloa konteraka, a tsamaee ho ea etsa mosebetsi oa sechaba.
Hase process e bobebe haholo ena, empa ke eona tsela eo re tsamaeang ka eona.
Karolo ea (a), ea Potso ena, e re na ke libaka life tseo re leng ho tsona le hore na ebe thahasello e kholo ea rona re le naha ea Lesotho ke efe libakeng tse joalo.
Ke ile ka bonts’a pejana ha re ne re le ka mona, hore re na le metebo e ka bang 15 lefats’e ka kakaretso. Re le naha ea Lesotho, re karolo ea linaha tse nang le boemeli bo tlaase haholo ba ntho e bitsoang Foreign Missions.
U tla fumana hore Mohlanka oa rona a le mong o etsa mosebetsi a akaretsa linaha tse ngata haholo, le mekhatlo e mengata haholo ea machaba. Ha ho be bobebe haholo ho etsa mosebetsi oo.
Ke tla li thathamisa. Ke hle ke bonts’e hore re na le boemeli ba naha ea Lesotho New York, mane moo re nang le Mokhatlo oa Machaba o bitsoang United Nations. Moo e hlileng e leng hona moo likamano tsa machaba li hlileng li raloang hona teng.
Sepheo se seholo haholo sa naha ea Lesotho mono ke ho re re le naha ea Lesotho, re bile re le Setho kahare ho Mokhatlo oo oa Machaba oa United Nations, le ho litsi tsohle tsa eona tse teng, re loketse ho ba le boemeli. Esitana le taba ea ho etsa negotiate political or economic diplomacye lokela ho etsahala hona sebakeng se joalo.
Likamano tse ngata haholo tsa naha ea Lesotho le linaha tse ling, hore li qale li be li qetelle, li bile teng li qaleha hona mono hore re etse mosebetsi o joalo.
Re boetse, Bahlomphehi, re tla lemoha hore naha ea Lesotho e oela kahare ho Mekhatlo e ‘maloa ea Machaba, joaloka Least Developed Countries[e leng LCD] and Landlocked Developing Countries. Litaba tseo li sebetsoa hona sebakeng se joalo. Bahlanka ba rona ba monoba hlile ba shebane le litaba tse ngata haholo.
Re boetse hape-hape sebakeng se joalo re na le The United Nations Security Council, e leng moo e hlileng ho shejoang litaba tsa ts’ireletso tsa lefats’e ka kakaretso. Ho bohlokoa haholo ho re re be teng sebakeng se joalo ka Bohlanka bo batlang bo le toma haholo ka litsebo tse batlang li tsitsitse haholo ho etsa mosebetsi o joalo.
Ke tla fetela Motebong oa bobeli, o ntseng o le hona naheng ea United States empa sebakeng se bitsoang Washington DC, moo teng e hlileng ho shebanoeng haholo le likamano lipakeng tsa naha ea Lesotho le naha ea America.
Re tla hopola, Bahlomphehi, hore re le naha ea Lesotho re fumana molemo o moholo litabeng tsa AGOA.
Re boetse re na le molemo o moholo oo re o fumanang ka programme e bitsoang Millennium Challenge Account ena e seng e bile e na le mokhahlelo oa eona oa bobeli.
Re boetse Lesotho mona re na le ntho e bitsoang PEPFA. Ke e meng ea melemo eo re e fumanang ka Motebo ono oa rona oa Lesotho Washington.
Ke fetela Motebong oa boraro oo re nang le ona oa Lesotho Ottawa naheng eane ea Canada. Motebo ono re tla hopola Bahlomphehi hore har’a tse ling re na le setereke se bitsoang Thaba-Tseka se ileng sa ba teng ka thuso ea ‘Muso ona oo oa Canada ‘me negotiations tsa hore ebe re qetelletse re fumana thuso e joalo li ne li etsahala sebakeng se joalo.
Re ntse re sebetsana hona joale le taba ea hore litsebi tsa rona litabeng tsa bophelo, e leng bana ba Ma-nurse re bone hore na ebe ba bang ba bona ba ka se fumane monyetla oa hore ba ilo sebetsa sebakeng se joalo. Ke e meng ea melemo eo re tsebang hore re e fumane mono.
Bohlanka ba rona bo sebakeng se joalo bo boetse hape bo fihla linaheng tsena tseo ke tlang ho li bala. Re na le the Baharmas, Barbados, Cuba, Costaricaa, Kayana, Jamaica, Trinidad and Tobaco.
E leng hore bohlanka ba Motebo ono o mono bo lokela ho alosa linaha tseno tse ling tse supileng ka holimo ho eno ea Canada eo ba lutseng ho eona. Ha se mosebetsi o bonolo haholo. Ba bang ba ee ba khutlele hae mona The High Commission a e-s’o ka a etsa present even the credentials to one of those countries tseo a lokelang hore a li fihlele.
Ke fetela Motebong oa boraro, e leng motebo oa rona a naheng ea Afrika Boroa mona Pretoria. Re na le likamano le naha ea Afrika Boroa ka lebaka feela la popeho ea naha ena ea habo rona. Re na le Basotho ba bangata haholo ba phelang naheng ea Afrika Boroa ka lebaka feela la proximity ea Afrika Boroa ho rona re le naha ea Lesotho.
E leng hore Motebo ono ke motebo o phathahaneng haholo ka lebaka la mosebetsi o sebetsoang sebakeng se joalo oa Basotho ba bangata haholo ba naheng eno.
We have got the highest diaspora community in South Africa and therefore ke o mong oa metebo e batlang e le meholo haholo. Motebo ono oa rona o shebane le likamano lipakeng tsa rona re le naha ea Lesotho le Afrika Boroa ‘me har’a tse ling re ntse re sebetsana le litaba tsa ntho e bitsoang Bi National Commission, e leng karolo e kholo haholo lefats’eng lipakeng tsa linaha ‘me re sebetsa le motebo oa Afrika Boroa o teng Lesotho mona hore re bone hore liphutheho tseno ba Bi National Commission lia ts’oaroa.
Re boetse hape khoebo le khoebisano ea naha ea Lesotho e kholo haholo le Afrika Boroa ho feta linaha tsohle tsa lefats’e. E leng hore motebo ono o shebane le litaba tse ling tse ngata haholo le litaba tsa migration le litaba tsa khoebo le khoebisano.
Re boetse hape re na le taba ena ea Lesotho Highlands Water Project eo re tsebang hantle hore na e bolelang ho moruo oa Afrika Boroa. Ke tse ling tsa litaba tse sebetsoang tlas’a Motebo ona.
Motebo ona oa rona o boetse hape o akaretsa Mekhatlo ea Machaba SADC le SACU. Bohlanka ba rona bo mono bo lokela hore joale bo bone hore bo fihla esitana le ho akaretsa likamano tsa Lesotho le linaha tsohle tsa SADC. E leng hore likamano tsa rona le linaha tsohle tsasa SADC li sebetsoa Motebong ono oa Pretoria.
Ke fetela Motebong o mong, Mohlomphehi Vice-President. Motebo o mong oa rona ke o naheng eane ea Ethiopia, Addis Ababa. Ke moo re shebaneng le likamano tsa naha ea Lesotho le mokhatlo oa Afrika o bitsoang African Union. Re boetse hape re shebane le likamano lipakeng tsa naha ea Lesotho le Economic Commission for Africa (ECA). Re boetse hape mono re na le United Nations Habitat le UNEP.
Motebo ono oa rona o boetse o shebane le likamano lipakeng tsa naha ea Lesotho le linaha tsa Eastern, Central and Western Africa. E leng hore Africa ena eohle kaofela re na le metebo e ‘meli feela. Ke Pretoria le Addis Ababa. Le se le ka la utloisisa Bahlomphehi hore na ebe mosebetsi o thata hakae hore bohlanka boo ba rona bo etse mosebetsi oo ka bokhabane.
Ke fetela ho region ea Europe. Teng re na le Motebo mane United Kingdom, London. Ke moo ..
(Noise and laughter).
The Former Commissioner o il’a re thusa (laughter).
Ntate Vice-President, mona ke moo re shebaneng le likamano tsa naha ea Lesotho le naha eona eo ea United Kingdom. Re shebane hape le likamano lipakeng tsa naha ea Lesotho le Mokhatlo oa Machaba o bitsoang Commonwealth.
Sebaka seno ka bosona feela ke sebaka se bonahalang se na le metebo e meng e mengata haholo ea linaha tsa lefats’e. Ke o mong oa Metebo e re thusang haholo ho aha likamano le linaha tse ling tsa lefats’e. Bohlanka ba rona mono bo boetse hape bo akaretsa naha ea Spain, Cyprus, Portugal, and Malta.
Ke fetela Motebong o mong hape e leng oane o naheng ea Italy, Rome. Mona ke moo re hlileng re shebaneng le likamano lipakeng tsa naha ea Lesotho le naha eo ea Italy le linaha tse ling hape tse leshome le motso o mong.
E leng hore bohlanka ba rona bo mono bo shebane le likamano tsa linaha tse leshome le metso e ‘meli. Ke Italy, Bulgaria, Czech Republic, Greece, Hungary, Israel, Macedonia, Romania, Slovakia, Turkey, Serbia and Montaraco.
Ke linaha tseo re li akaretsang Motebong ono. Motebo ono o bohlokoa hape hobane o boetse hape o alositse likamano tsa naha ea Lesotho le Mekhatlo e meholo haholo ea Machaba e leng Food and Agricultural Organisation (FAO), World Food Programme (WFP) le o bitsoang EFAD.
Re boetse re tla hopola hore FAO e file Motlotlehi Khosi Rabasotho boikarabello bo boholo haholo ho ba FAO (Nutrition Ambassador) ea lefats’e ka kakaretso. E leng hore boikarabello bona bo sebakeng seno bo batla bo le boholo haholo.
Re na le Motebo o mong oo ke fetelang ho ona Bahlomphehi oa Lesotho, Brussels e leng mane moo litaemane tsena ha li qeta ho tloha mona li sebetsoang hona teng. Ke Motebo o bohlokoa haholo hobane o na le economic benefit e kholo ho rona re le naha ea Lesotho ka export eo e kholo e etsahalang moo.
Motebo oo o boetse hape o sebetsana le likamano tsa rona ho Mekhatlo e meng ea Machaba e mengata haholo e meholo. ke tla etsa mohlala feela ka The International Criminal Court le International Court of Justice le oane oa rona oa ACP. Ke e meng ea Mekhatlo e bohlokoa haholo e sebetsoang sebakeng se joalo.
Motebo o mong hape ke oa Lesotho Dublin naheng ea Ireland ‘me motebong ono re boetse re na le linaha tse ling hape tse hlano tse ntseng li le ho region eno ea Europe, Scandinavia tseo ho shebanoeng le tsona. Tsona ke naha ea Demark, Finland, Iceland, Norway le Sweden.
Ke fetele Motebong oa Lesotho, Berlin o naheng ea Germany. Le hona mono e ntse e le a multi-lateral diplomacy e sebetsoang mono hobane ho na le Mekhatlo e meng hape ea Machaba ea lefats’e eo ho sebetsanoang le eona ho kenyelletsa e kang UNIDO, OPEC Fund, IEA, UNFSCCC Le UNESCO ‘me linaha tse ling tse bonahalang li akaretsoa ke Motebo ono oa rona oa Germany ke naha ea France, The Holy Sea, Austria, Holland le The Russian Federal.
Ke fetele Motebong o mong oa Lesotho o Geneva, oo le ona e ntseng e le a multi-lateral diplomacy hobane o na le Mekhatlo e mengata haholo le ea Machaba eo re shebaneng le eona naheng eane ea Switzerland. Re na le mokhatlo o bitsoang WTO, ILO, UNTERT, WHO, IOM le e meng.
Ha ke fetela karolong e ‘ngoe ea lefats’e e leng ena ea Asia. Re na le Motebo naheng ea China e leng mane moo thuso ena e kholo ea litsela tsena tse kholo tseo re nang le eona re ntseng re li fumana hona teng boholo ba tsona ‘me Motebo oa rona o Lesotho Beijin naheng ea China ehlile o shebane le likamano lipakeng tsa rona le naha eo ea China.
Re tla hopola hore naha eo ea China joaloka tse ling tse kholo ke Setho se permanent sa United Nations Security Counsil ‘me it is our major development partner litabeng tsa infrastructure, telecommunications, health and defence. Motebo oo o boetse hape o shebane le linaha tse kang North Korea, Singapore le Pakistan.
Ke fetele motebong o mong hape o naheng ea Japan e leng Lesotho Tokyo, moo teng re hlileng re shebaneng le likamano lipakeng tsa naha ea Lesotho le naha ea Japan, South Korea le Philiphines.
Hanyane feela morao mane ho Lesotho Beijin ho na le a forum e bitsoang FOCAC e leng eona ena e ntseng e re thusa ka infrastructure development moo Lesotho e leng Setho hobane ke likamano lipakeng tsa naha ea China le linaha tsa Afrika.
Mona ho Japan re na le forum e bitsoang TICAT e leng moo ho ntseng ho na le thuso lipakeng tsa naha ea Japan le linaha tsa Africa ‘me re karolo mono ho etsa negotiations hore na ebe rona re ka batla ho fumana lithuso tsa mofuta ofe.
Re boetse re na le Motebo mane naheng ea India, New Delhi o shebaneng le likamano lipakeng tsa naha ea Lesotho le naha eo ea India. Re na le naha eo re e hlokometseng hona mono e leng Sri Lanka, Wietnaam le Bangladesh ‘me le eona ka ho ts’oana India is one of the major development partners tsa naha ea Lesotho litabeng tse ‘maloa haholo ho kenyelletsa le tsona litaba tsa bophelo le tsa thuto, defence, infrastructure le information technology.
Re boetse re na le Basotho ba bangata haholo ba fumaneng koetliso sebakeng seo sa India.
Ke haba ho qetella, Ntate Vice-President. Re na le Motebo o mong naheng ea Kuwait mane Middle East. Motebo ono o alositse likamano lipakeng tsa naha ea Lesotho le linaha tsa Middle East e leng bo Iraq, Iran, Lebanon, Qatar, Saudi Arabia, United Emirates, Sudan, Saharawi, Arab Republic le tikoloho eno ea Ma-Arab ka kakaretso ‘me re tla hopola hore ke hona mane moo ho nang le bo OPEC Fund, SAUDI Fund le BADIA tseo re hlileng re nang le melemo e mengata haholo eo re e bonang re le naha ea Lesotho.
Ke qetella litaba tsa ka ka ho bua ka metejoana kapa metebo e menyenyane e mene eo re nang le eona naheng ea Afrika Boroa, e leng Johannesburg, Durban, Welkom le Klerksdorp. Ka lebaka la Basotho ba bangata haholo libakeng tse joalo, re na le metebo e joalo hore e fane ka lits’ebeletso ho Basotho ba phelang libakeng tse joalo esitana le ba nang le mathata rea ba thusa.
Kea leboha, Mohlomphehi Vice-President.
HON. SENATOR M. MOTSAMAI: Ke lebohe, Ntate Vice-President le Honourable Minister ka Karabo ena ka ‘nete e telele, e pharaletseng, e manoni.
Ke mpa feela, Ntate Vice-President, ke belaela hore ho tse ling Ntate o li otlile hantle. Ha nka mo qoollela hore China o oa bolela hore mono re na le ntho e itseng le e itseng le eona, America re na le ntho e itseng le e itseng le eona. Tsena tse ling tsa tsona tseo ke tlang ho li qoolla, Ntate, ke utloa u sitoa hore na ke eng eo re seng re ntse re na le eona, e ntse e le taba feela ea hore ea ‘moho, re na le likamano le bona.
Lebaka la ka ke hobane ha re nke mohlala. Motho ea lutseng Canada o alosa Cuba le tsena tseo u li boletseng. Ke eng relation interest eo re nang le eona le Cuba? Ke efe interest eo re nang le eona le Barbados? So that re tsebe ho tseba hore ha u fihla u nka Honourable Khoaele u mo isa hona teng, u tla tseba ho etsa navigate ka har’a taba eno.
Ke ka tsela eo ke lekang ho e hlalosa, Ntate, ke utloa e ka o oa bua feela thomo tsena tsa rona ha li tloha mona, li tsamaee li na le moelelo o hlakileng le hore na the skills match se tla re thusa.
U nka nako e kae, Ntate, ho ba ruta diplomacy hobane kea utloisisa hore eona it’s an over arching approach e nepahetseng. U nka nako e kae ho ba ruta diplomacy, ha u fihla u mo nka, mohlomong e mong a tloha koa, a fihla a hlaha e ba eena head of the mission.
Ke sheba taba eo ea head of the mission hobane ke utloisisa hore bohlanka bona ha ke na taba le bona, ha re bo kalimeng Makaleng.
Ke ne mpa ke etsa nyanyeletso ena Ntate, ke re ke utloa u sitoa hore u hlo fihle tabeng eno. Taba ea rona ke ho thusa hobane khetlong lena ha re ke re lekeng ho fetola tradition e neng e e ntse e le teng ea hore motho ha a re hlotse Maseru mona ebe re mo romella Machabeng. Ha re sa batle hore e tlo tla e ba motlatsi oa moeta-pele pel’a ka mona re mo romella Machabeng (laughter).
U oa e bona hore na ke ntho e joang?
So, ka ‘nete ‘na ke mpa ke re feela e se ke eaba moo re tlosang batho hobane re tlosa likhathatso mona, e mpe ebe moo re reng performance na e teng, Ntate, ea bona batho baa ba rona mohlomohlong ke hle ke e behe joalo ke e qetele hore na ehlile – Ha ke ne ke bua tabeng ea skill e ne e le tabeng ea hore re tle re tsebe ho etsa match hore na le performance e ea in relation to the interests tseo re nang le tsona na?
Kea leboha.
(Pause)
MR. VICE-PRESIDENT: Mohlomphehi Letona, do you have any comments holim’a litaba tseo tsa Honourable Motsamai?
HON. M. LEJONE: Kea leboha, Ntate Vice-President, joale ka ha ke ile ka bonts’a hore ehlile Karabo ena ea ka e telele haholo. Ehlile tse ling tsa tsona ke ile ka ‘na ka li tlola. Karabong mono eo ke seng ke e romelletse Ntlong, e teng melemo ena kaofela hoa eona.
‘Nete eo ke ratang ho e bolella Ntlo ena e Khabane ke hore lefats’eng lohle, ha ho na moo ho se nang molemo. Le likamano feela le eona naha eno hore ebe re na le likamano le eona ke molemo o moholo haholo hobane ka nako e ‘ngoe ehlile re tla hloka hore naha eno e re ts’ehetse ho le hobe.
Ho na le taba e teng mona e ntseng e etsahala, kea tseba Bahlomphehi ba ee ba e bone lipakeng tsa Saharawi le Morocco.
Ha re le mane African Union le Likopanong tsohle tsa African Union le lefats’e, u tla lemoha hore naha eno ea West Sahara e hloka ts’ehetso ea rona re le linaha tsa Africa re hlile re kopane.
Le haeba ha ho na khoebo le khoebisano lipakeng tsa Lesotho le naha eno, feela ha u ka ba botsa hore na relationship lipakeng tsa bona le Lesotho na e bohlokoa hakae, ba tla u joetsa reason number 1 priority!
Minister oa bona oa Foreign Affairs, Ambassador ea bona o etsa bo-‘nete ba hore joang kapa joang o aha likamano lipakeng tsa hae le Lesotho hobane ho na le nako eo ho tla hlokahala hore ho khethoe (vote) litabeng tse ba amang ‘me ha ho se na likamano le naha eno ehlile e ka etsa vote khahlanong le uena.
Ke ne ke batla ho ea mono hanyane feela hore ke hle ke bonts’e hore ehlile molemo is not only economic benefit, even that diplomacy and relationship between two countries is very critical.
Ke batla ho etsa mohlala oa bobeli oa hore ha re ntse re bua le lona tjena Bahlomphehi, re ka har’a boiketo re le naha ea Lesotho hore ebe rona Secretary General ea The Commonwealth for the first time in the Southern Africa, ebe rona ba ka tsebang hore re etelle pele office e joalo.
Ha re se na likamano le linaha tseno tsa Commonwealth tsona bo- Barbados, bo-Baharmas e tla ba bothata hore re fumane ts’ehetso ea bona ‘me ka ‘nete ka lebaka la hobane re ahile likamano ka linako tse telele, ehlile ho ba bobebe hore re hle re tsamaee ka litaba tseno.
Ke batla ho etsa mohlala oa ho qetela ka kamano ea rona le naha ea Italy mane moo re nang le Mission oa Lesotho Rome. Re ka hare ho Morero o moholo haholo o bitsoang WAMP (Wool and Mohair Production Project) o ts’ehelitsoeng ke Mekhatlo eno ea Machaba ea lefats’e e sebakeng se joalo.
Mekhatlo eno ea Machaba Baokameli ba eona ba ne ba le Lesotho mona. Ha se ntho e etsahalang hangata hore Baokameli bano ba bararo ba ee naheng e le ‘ngoe ka nako e le ‘ngoe. E ka ‘na eaba lilemong tse hlano kapa tse leshome tse fetileng, empa ha e etsahale ha bobebe, empa ho latela mosebetsi oo re ntseng re o etsa mono re atlehile hore rebe le bona Lesotho mona ‘me ho na le molemo oo re tla o fumana ka lebaka la mosebetsi ona oo re ntseng re o etsa mono.
Ke mpa feela ke leka ho hlalosa, Mohlomphehi, hore ehlile melemo e teng hohle.
Tabeng eane ea litsebo, Molomphehi, hore na joale na motho eane ea qetellang a fihla ka holimo-limo eba eena ea okametseng our mission hore na re fihla joang, ‘nete eo re lokelang hore re e amohele ke hore qholotso haesale e le teng hobane there were no minimum requirements tse neng li behiloe hore motho ebe an Ambassador kapa High Commissioner ho lokela hore ho be ho le joang!
E leng hore eona taba ela eo u ntseng u e beha hore e tla re ha re se re thula-thulane mona ebe u se u romeloa koana, ha ke re letho le ka Morena oa Matsieng (laughter), ha ho bolele hore bothata bono ha rea bo bona. Re bo bone ‘me ka hare ho Tlhopho-Bocha taba eno e teng. Le ka hare ho Melao ea rona ea Public Service re il’o kenya taba eno ea minimum requirements hore na hore motho e qetelle e le Moemeli oa naha ea Lesotho Machabeng o lokela hore a be a fihlela lipehelo life .
‘Nete ke hore ha a se a ile a sa li fihlele joale ka ha process e ntse e cho hona joale tjena, ha a le mono ehlile o re senyetsa likamano hampe feela ‘me ho ba thata haholo ho sebetsa moo re rometseng motho ea se nang litsebo ea bileng a sa utloisiseng taba ea diplomacy.
O itse na re nka nako e kae ho ba koetlisa. Ha ho nepahetse u le motho ea tsamaileng through programme ea diplomacy, ka ‘nete re lokela hore re u fe thomo u tsamaee u ee mosebetsing. Joale empa haeba re se re lokela ho u koetlisa ebile e il’o ba uena head of the mission, ke ho bolela hore ehlile re se ntse re na le bothata hore ebe re hloaile motho ea sa utloisiseng even the minimum standards tsa diplomacy.
Hona joale tjena, Ntate, re se re na le programme eo re e behileng hore bohle ba tla tsamaea bonyane ba tla ke ba nke khoeli ba koetlisoa, ba lokisoa hore ba tsebe hore ba ee mosebetsing oa bona.
Kea leboha, Ntate.
HON. SENATOR M.T. MAKHAOLA: Kea leboha, Mohlompehi, le Matona a Khabane.
Potso ea ka e personal. Ke potso ea ka, ka ‘na. E personal le molemong oa batho ba bang ba ka bang tlas’a maemo a ts’oanang.
(Noise and laughter from the floor)
Mohlomphehi, Order! nkile ka ba nakong e ‘ngoe bophelong ba ka. Nkile ka ba tlas’a bolisa ba Boemeli ba Lesotho Canada. Mono moo ke neng ke le teng ba ne ba tseba hore ke hona teng. Boemeli le Bohlanka bo neng bo le mono bo ne bo tseba hore ke mono.
Joale mono moo ke neng ke le hona teng, ka ‘nete ha ke qeta mabaka a ka moo ebe ke ipatlela bojaki, ke bile ke ipatlela mosebetsi hona moo Motebo oa Lesotho o leng hona teng e leng Canada, ka ‘nete ka atleha, ka amoheloa ka mofuthu Canada ka ba ka thola mosebetsi..
(Noise and laughter from the floor).
Ke kopa hore ke lumelloe ke bue litaba tsa ka.
Order, Mohlomphehi.
Ke ile ka ba ka ba le passport ea Canada. Ka ‘nete ke ne ke le moahi oa Canada ka kotloloho (laughter) eaba bohlanka ba Motebo oo boa tseba litaba tsa ka, bo tseba ka ‘na. Eaba bohlanka bo joalo boa nts’enyeletsa!
A VOICE FROM BEHIND: Passport e kae joale?
HON. SENATOT M.T. MAKHAOLA: …e ne e le thepa ea Canada.
Joale eaba ke senyehetsoe…
(Noise and laughter from the floor)
MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa ka u ka tsoele-pele u se ke oa mamela ba fats’e.
(Laughter)
HON. SENATOR M.T. MAKHAOLA: Ba lerata, Mohlomphehi, ke kopa u ‘namolele.
Joale ebe ha ke se ke qeta ho senyeletsoa, na ebe e ntse e le karolo ea bahlanka hore ba phalalise Basotho moo ba ikhethelang ho ea batla bophelo teng, ebe baa ba sitisa, baa ba senyeletsa, joale ebe Basotho ba felloa ke bojaki boo ba sa kopang le thuso ea bona?
Na ba fuoe mandate oo oa hore ha ba le moo ha ba ka ba tseba ka Basotho ba bang ebe ba ba jella mona, ba ba phalalise, ba ba senyeletse libakeng tseo ba leng ho tsona?
Ke bua ‘nete ea taba, Mohlomphehi. Na ba na le mandate oo oa hore ba phalalise Basotho hohle moo ba batlang na?
(Noise and laughter from the floor).
HON. MINISTER M. LEJONE: Kea leboha Vice-President, ka ‘nete potsong ea Morena oa Molele, karabo eaka e bobebe haholo fela hore mandate oa bohlanka ba rona ke bosebeletsi, ba lokela ho sebeletsa Basotho le ho ba sireletsa, ena eona ha se karolo ea mandate oo ba o filoeng.
Kea leboha Mohlomphehi.
HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Ke ne ke re ele tsela ea ho utloisisa feela, Mohlomphehi o beile ka makhethe ka ‘nete ka taba ea likamano le li naha tse ling, empa motho u ka rata ho tseba hore na ho na le moo a ka tlosang baemeli kapa boemeli ka lebaka la hore mission o joalo o bonahala o sa tsoele naha molemo ,hobane ho ka ba le taba lilemong tse leshome tse fetileng hore re be le setsoalle kapa re hloke ho hokahana le Uruguay ,e re kamor’a lilemo tse hlano re iphumane re se re.. na ho ntse ho na le molemo just for the sake of employment le ho etsa deployment empa re se na letho leo re le fumanang mission o joalo?
Ke hopola hantle hore Mohlomphehi Tona-Kholo ea hona joale o ne a hlile a itukiselitse hore o tla koala mission tse ngata haholo, empa ke bona hona joale a li bula ho feta, is it because we are trying to deploy and create jobs for your people kapa ehlile ha u ntse u re ho bonolo kapa ho molemo ho ba le ha ho se na letho leo re le fumanang hore feela ebe re na le li -relation ebe re ntse re nts’a chelete ka GDP ea naha e tjee, na ke bohlale Mohlomphehi oa ka?
MR. VICE-PRESIDENT: Ke ne ke kopa hore kaha ke ne ke batla re fetele pele ke ne ke kopa re nke lipotso tsa bobeli tsa ho qetela.
HON. SENATOR M. MOKHATHALI: Kea leboha Motlatsi oa Motsamaisi oa President.
Ke utloile hantle haeba ke utloile hantle ha a re le kahar’a bohlanka ba ‘Muso ho ee ho be le batho ba nkoang hobane ho hlokahala bosebeletsi ba litsebo tsa bona koana machabeng, joale ke re na mothating oo ba nkoa feela ka hore ba tsejoa ke Matona kapa ho phatlalatsoa likheo tseo ebe joale ba nang le bokhoni ba iketela tsona na?
Ke botsa hore na ho na le boemo kapa system e lokisitsoeng kapa ho etsoa joang ha motho a sa le moo mosebetsing oo oa machabeng a ka bonahala a sa phethe mosebetsi kapa boits’oaro ba hae e le bo tlontlollang naha, na ho na le ntho e behioeng hore ha u se u fetile lipehelo tsena hore u felloa ke mosebetsi?
Haeba ho joalo, na ho na le ba kileng ba tla ka sebopeho seo, ba tla hobane boits’oaro ba bona e se bo emelang Lesotho machabeng kapa ba se ba sa etse mosebetsi? Ke tsona lipotso tsaka.
Kea leboha.
HON. SENATOR M. KANETSI: Ke u lumelise hle Motlatsi oa President ,baeti ba rona, Matona a Khabane le lona Ntlo kaofela.
Ke hore na ha ho etsoa thupelo kapa orientation molemong oa batho ba koana, na ho kenyeletsoa eng ha ba rupeloa, na ho kenyeletsoa le litaba tsa hore motho a rate a be a thuse Basotho ha ba fihla linaheng tse joalo na, kapa ba utloa eka ba tlameha ho sebetsa le linaha tse mono. Ke cho tjena hobane ka ‘nete ka nako e telele experience ea ka has been e seng monate ea bahlanka ba ileng mission ba sa tsotelle batho ba kahar’a linaha tseno eka u ilo ba nkela mosebetsi empa u se ntse u fumane mosebetsi, u sitoa le ho kopa thuso u e fumane ka nako e nepahetseng.
Ha ba na taba, o’a utloa eka ho na leconnotation ea hore oa mokhathatsa, feela u kahar’a naha eo u Mosotho u tlile ka mosebetsi oa hao ka litaba tsa hao fela u hloka thuso e itseng kapa le ho lumelisa Ntate, ba khokeha khokeho ena eo u tla utloa le ka tone on the phone hore motho enoa is not interested, so ke ne ke re na taba ena ea Basotho pele re ka e etsa joang even in our foreign policy hore Mosotho pele kae kapa kae e kenyeletsoe ka mokhoa o thata ea ho rata Mosotho oa haeno, ho ba sireletsa, ho ba ts’ehetsa le hoba fa information eo ba e hlokang ha ba le kahar’a naha eo?
O’a fumana motho a re ha ke tsebe eka ha mosebetsing, joale ebe ho tla tseba mang, u tla botsa mang, u kahar’a naha ena u tlile mona u batla information u tsebe ho sebetsa. O tla u bolella hore eena ha a li tsebe ntho tseno ka ‘nete. Ha ba na interest habohloko. Ke ne ke se ke re feela eka e ka kenyeletsoa thupelong moo.
Just playing the devil’s advocate mona, ea li Ambassador le eona re ntse re ka re e professional kapa e etsoa ka maemo a litsebo kapa re ke re hle re nke e le political, ho tsebahale hore e joalo ‘me re se ke ra e soabelang re e behe e le joalo hore ena eona e tjena, lebaka e le hobane ka nako e ngoe mohlomong re tla be re re tjena feela re etsa ho fapaneng. Ha re ka mpa ra e lokolla feela hore ena its political ea tsebahala period.
Kea leboha.
HON. M. LEJONE: Kea leboha NtateVie-President, Morena oa Thaba o re na re ee re ba tlose boemeling na? Na ha mission o se o se na molemo oo re u fumanang re ee o koale na? Joale o re o bona re ntse re bula tse ncha.
E-e Morena oa Thaba, ha re so bule e ncha haesale re fihla, empa we are deploying holima the existing missions, empa missions li se li ile tsa koaloa pejana ke mpa ke rata hore feela ke tle ke bonts’e hore likamano tsa linaha ke ntho ea bohlokoa haholo, ‘me ha u koala mission u ne u se u kila oa o bula nakong e itseng, ka bo-eona feela ntho eno e ba sekhobo se seholo hore na u koala mission naheng ea rona hobaneng.
Ho ba thata haholo ho khutlela ho batho bano kamoso ha u hloka thuso ea bona, eleng hore qeto eno ea ho koala mission le qeto ea ho bula mission ke qeto e kholo e lokelang ho hlahlojoa ka matla haholo pele re e etsa.
Maoba mona ho ile ha koaloa mission mona Malaysia le Egypt, ‘me re butse mission Quate, e ba ntho e thata bona bo haesale re buisane ka likamano by-lateral relations between naha ea Lesotho le linaha tseo re ileng ra koala li mission ho tsona hobane qeto ea ho koala ha e’a ba qeto e bonolo haholo.
Taba eo ke taba e hlokolosi e hlokang ho atameloa ka bohlale hore na re koala hobane ng, ‘nete eo ke ratang ho e beha ke hore ho ba le motebo ka ntle ho naha ea lesotho ke nthoe bohlokoa hahalo, ke ‘nete re koajoana li mahetsleng re lokela ho ba careful na re bula tse kae, tse re tlisetsang molemo ofe, feela tsona li lokela hore li ‘ne li be teng li bohlokoa haholo.
Ke kopa ho fetela potsong ea Honourable Mokhathali hore na…
HON. SENATOR R.P. L. PEETE: Kea leboha Ntate Vice-President.
Ke ne ke re ke utloa are mission tse se ntse li le teng hore re etse terminate li relations tseo tse se ntse re na le tsona ke ntho e kholo haholo, ‘me ha se ntho e ka etsahalang habobebe feela tjena, ke ne ke rata hore ha Ntate a ntse a arabela Potso ena ke utloa a ntse a araba hantle up to so far, a ka re fe hore na moo Lesotho teng ha hona missions tse ne li le teng tse ileng tsa khaola likamano, ‘me haeba li teng ebe e ne e le likamono life?
Ke utloa bohlokoa ba likamano tsena tseo re nang le tsona le linaha tse ling ka li mission tse teng, na ke tse kae tse balehileng li ngala, li ne li ngalla eng?
HON. M. LEJONE: Kea leboha Vice-President.
Ke leboha Morena oa Mats’ekha ka clarification question, ke ne ke se ke ile ka bonts’a hore rona re le Lesotho moo re seng re ile ra koala haufinyana tjena ke hokae, ke boetse ke tla bonts’a hore ho na le tse neng li le teng tse ileng tsa koaloa, ‘me tse ling tsa tsona ke rata hore Ntlo ena e Khabane e tle e ele hloko hore molaetsa o ileng oa sala ha ba koala e ne e se o motle haholo sebakeng sa seriti sa rona re le naha.
Re tla hopola the Irish ba neng ba le teng Lesotho mona molaetsa oo ba ileng ba o siea ha ba e koala mona ba ne ba sa thaba hohang, ha ba koala hobane ba re likamano tsa bona le Lesotho ha li bohlokoa, ba koetse hobane ba re ts’ebelisano ‘moho lipakeng tsa bona le naha ea Lesotho kahar’a programme tse etsoang funding ke bona e bonahala e se ntle haholo.
Re bonahala rona re le naha ea Lesotho re sa ts’oara lichelete le likamano tsa lithuso tse tsoang ka ntle hantle, ha se taba e ntle haholo eno ka ‘nete e ileng ea re etsahalla. Ke rata ho fetela potsong ea Honourable Mokhathali ea hore na likheo tsena lia phatlalatsoa tsa bahlanka ba se ntse ba le kahar’ e, ke rata ho hlakisa hore motebo oa naha ea Lesotho o ka ntle ho naha ke Lekala ke bosebeletsi joalo ka makala a mang.
Ha re tlosa mohlanka Lekaleng lena re mo isa Lekaleng lena ha ho be le liphatlalatso, ehlile e ee e be taba ea tumellano feela hore re na le mohlanka mona e re bonang hore litsebo tsa hae li ka tseba ho re thusa mona, ebe oa tlosoa ka li transfer a lo koala sekheo seo, sekheo seo eena a se sihileng ke sona se tla phatlalatsoa ho ba ke sona se tl’o koaloa ka motho ea tsoang ka ntle.
Ha mohlanka a sa latela melao le melaoana e tsamaisang mohlanka na re e eetse joang, ha ke rate le ho etsa mehlala empa ho bohlokoa molemong oa Ntlo ena e Khabane hore Ntlo ena e tsebe hore re se re ile ra bitsa e mong maoba mona a ntse a etsa litaba tse kotsi haholo likamanong tsa naha ea Lesotho le naha eno, ‘me ka ‘nete kea u tiisetsa hore Lekala la haeso le nka likhato ha ho hlokahala empa joaloka bahlanka bohle motho oa ‘na leke hore re mo hlokomelise ha etsa phoso, re ‘ne re leke hore re tsamaee methati e itseng, empa motho ha sa mamele ha hona seo re ka se etsang.
Honourable Kanetsi, o re na re kenyeletsa eng ka hare ho koetliso, joalo ka ha ke ile ka bonts’a hore ha ho nepahetse ho ne ho lokeha hore re etse deploy hobane motho a se a ntse a koetlile ka mosebetsi le kholo ea hae ka mosebetsi ho sa hlokahale hore re tla ba le khoelinyana e re tla koala, empa ho na le potso ea bohlokoa mona eo a e botsang a qetellang ka eona hore na position tsee ha se tsa poletiki na, ke kopa ho toba taba eo ka ‘nete eohle hore position ea Ambassador it’s a political appointee.
Ho mpa ho lokela ho ba teng ke hore ho be le lipehelo hore na eena political appointee eo kaha o ea mosebetsing o lokela a ba tseba eng ,a ana le bokhoni bofe, ke eona ntho eo re ntseng re leka ho e lokisa ka melao le meloana ea rona hore leha e le political appointee joalo o lekela hore a be le lipehelo tseo a ka li fihlelang.
Kotsi e neng e se e le teng eo naha ea bo rona e neng e se e le teng ke hore likheo tseo tsa li Ambassador re se re li entse political post kaofela ha tsona, e leng hore le position ea mohlanka feela ea lokelang ho lo ts’oara lichelete re ntse re etsa political appointee ke hona moo ho fihlang ho ba kotsi teng ‘me ho lokela hore re nepe boikarabello bono ba sechaba hobane mohlanka eo o mono molemong oa rona re le sechaba, o lokela hore a be le litsebo le bokhoni ba ho etsa mosebetsi.
HON. SENATOR S. B. SEEISO: Ntate kea leboha ha ke lakatse ho senyetsa Letona le Khabane letsatsi ke mpa feela ke batla letsatsi la hae le tle le monate, ‘me ka uena ke lebohe ke hlomphe le Matona le Litho tsa haeso tse Khabane.
Ke ne ke botsa hore na ebe Ntate, lipotso tsena tseo li ntseng li botsoa mona I am not aware whether we have now developed fully fledged policy e tla ba le sets’eetso sa strategic plan, one way that policy and with that strategic plan u tla bo tseba hantle hore na motho enoa ha u mo nkau mo nka hobane e le a defender, a striker or a water boy.
Ke mokhoa ona ke reng na ha u bone eka ho bohlokoa hore we should expetide le haeba e ntse e le in a draft form ho etsoe expetide hore the following policy should be developed, so can be a policy guidance for deployment be at the political level ma-Amerika ha Trump a kena o tla nt’sa ba hae, but they still have to go through scrutiny ea hore ba be le lipotso and vetting, political or no political, empa u tla bo tseba hore sebapali seno le ha se apere tse khubelu se ka tseba ho raha shoto.
Hona le nako e ‘ngoe Morena oa ka o ne a re o etsa lintho tse personal, kene be ka kopa hore lehaeba u mpha batho ba hao, ke kopa u mphe batho ba tlo bapala, ba tlo sebetsa, u se ke oa mpha feela hobane motho a ne a le front-line a haila, the Honourable Minister knows very well hore mission tsena they are under staffed, London mohlala; ke London Northern Ireland kapa ke the United Kingdom orGreat Britain andNorthern Ireland, Spain and Portugal…..let alone the Common Wealth, let alone the United Nation World Trade Organisation, ha ho se na motho ea tsebang letho ka tourism how can that mission ever function?
Ha ho se na motho ea tsebang letho ka the Common Wealth and its functions or its applications, re lebelletse eng, empa ke mokho_ potso ea ka e re na does he not think that it is proven that we now sit properly and have a forum policy developed where the strategic plan to support that policy so that we fully utilise the few players that can be deployed because of our mega resources.
Na ebe ha e so be nako ha_ Ntate Motsamai ha ke ne ke le mono ho se hothoe ke iketse self assess, joale ke re ruler e ke methang ka eona ke efe hobane ha hona a strategic plan, ha hona a forum policy. Joale ke imetha ka ho reng. Che ke ne ke ngole joalo, feela ka bonahala ke le motho ea setouto haholo ho Bahlomphehi hobane ke re na ke imetha ka eng, na Ntate ha u bone eka _empa just to add to that as the last khothaletso.
Na ebe Ntate ha bone eka hoa hlokahala hore Foreign Affairs and International relation is of such a critical governance issue, na ha bone eka hoa hlokahala hore ka ‘nete in his service, looking back in almost 2 years ho ke ho be le moqoqo o tebileng hore re tlo u thusa joang hore taba ena, Lesotho should reap maximum benefit from our deployed officers so that Lesotho can_because there’s a lot of goodwill in the International Community, Ntate u sa entse mohlala ka ma Irish, ha ba tloha mona hobane ba re ha ba batle ho thusa Lesotho, ke hore na re ne re ts’oere litaba tsa rona joang.
Does he not think is the right time to_ or take stock re ke re thusaneng hore na hana joale ha re bua ka this window in and out of Lesotho hobane the foreign offices it is that rev olving door, ha e sa sebetse every other Ministry becomes incapacitated, hobane likopo tsohle _all cost expenses in and out of Lesotho in terms of foreign relations are dependant on the functionality of his Ministry. Na e be ha a bone eka hoa hlokahala at this particular juncture.
MR. VICE-PRESIDENT: Mohlomphehi Letona, kea tseba hore bekeng e ka pele ho e fetileng if I am not mistaken you were here u bua ka taba ea foreign policy, empa lekhetlong lena oa utloa hore Morena o aka oa Matsieng taba eo o e tsamaisa le taba ea bohlokoa ea strategic plan, ke kopa u ke u arabe.
HON. M. LEJONE: Kea leboha Mohlomphehi.
Potso ena ea Morena oa Matsieng hantle ke khothaletso e ntle haholo, the draft foreign policy e teng ke se ke ile ka e qoqa ka mona, empa e ntse hloka ho matlafatsoa, re boetse re tla lemoha hore Molao oa rona oa Motheo oo re ntseng re o hlomathisa tse ling tsa Litemana lekhetlo la pele re hlile re bua ka eona taba ena ea foreign service.
Re boetse re na le tokomane ea bobeli e bitsoang Foreign Service Policy, e leng hore re na le Foreign Policy e leng e buang ka likamano tsa naha ea Lesotho le machaba, re boetse re na le Foreign Service Policy ,e leng policy e buang ka bohlanka ba machabeng, re se re ile ra ts’osa policy eo at the Cabinet level, ‘me re tlo khutlela morao re lo e matlafatsa ho fihlele e le tokomane e nepahetseng, e sebetsang.
Sepheho sa rona ka tokomane eo ke hore it should inform the Amendments of the Constitution, inform AmendmentS of the Public Service Act hobane bohlanka bono ba machabeng bo boetse bo tsamaisoa ke eona Act ena ea bohlanka e leng Public Service Act ,e bohlokoa haholo.
Taba ea ho qetela ke hore foreign service is a profession, joalo ka ha sepolesa e le profession, ha u batla mookameli ea ka holimo u lokela ho nka ea tsebang bopolesa, even the foreign service motho o lokela a hole kahar’a eona a e utloisise.
Joalokaha Sepolesa e le profession, ha u batla mookameli ea ka holimo-limo oa Sepolesa u lokela ho nka ea tsebang bopolesa. Even the foreign service motho o lokela a hole kahar’a eona a e utloisise.
Ha u e palama e se e le pele mane, u se u ba ka holimo-limo qetellong mane, ehlile e tla u liha. E ea u liha pere eno, hobane kutloisiso ea mosebetsi ono ha se ntho e bonolo haholo, hobane it is a profession eo re lokelang hore re holele kahar’a eona, re itokise.
Re boetse hape-hape re na le mohopolo, Mohlomphehi, joalokaha ke re it is a profession ea hore ba seng ba ile ba etsa mosebetsi ona oa bohlokoa, joalo ka Morena oa Sehlooho oa Matsieng le ba bang, ba lokela joale hore ba be le mokhatlo o bitsoang the Institute of Diplomacy, joalokaha re na le Institute of Directors, e leng Mokhatlo oa Batsamaisi.
Institute of Diplomacy e lokela e-be mokhatlo oa batho ba seng ba ile ba etsa serve in diplomacy, joale ba lumellane even ka code of conduct hore na ha re re motho ke servant mono at Foreign Service re lebelletse eng ho eena.
Le eona koetliso ena ka boeona feela ke bona ba lokelang ho etsa determine hore na e lokela e-be ea mofuta ofeng. Ba be ba be le likamano le litsi tsohle tsa thuto hore ba re thuse hore na model oa rona oa koetliso e lokela e-be oa mofuta ofeng.
E leng hore the former diplomats, the current diplomats even the prospective diplomats e lokela e-be litho kahar’a Institute of Diplomacy, hobane ha u entse joalo le ngoana oa sekolo ea nang le thahasello ea ho kena kahar’a diplomacy a sa le sekolong mane o nyoloha mono a se a ntse a rata taba eno; leha re mo isa koana re mo isa nthong eo a e ratang, a e tsebang, ebile e le profession ho eena.
Ka ‘nete ke eona karabo ea potso eno, hore mohopolo ona o motle oa re hlahlella re le ba Lekala la Machabeng, empa qetellong ke rata hore ke re re le Lekala la tsa Machabeng ha re tsamaee feela ka lefifi, ehlile re tsamaea ka eona National Strategic Development Plan.
E leng hore mohlanka e mong le e mong ea tsoang Lekaleng la Machabeng mona tebello ke hore a phethahatse oona moralo ona oa naha. Re tla ba le sona strategy sa Lekala hore na re matlafatsa Lekala joang, empa moralo oa nts’etso-pele oona re sebelisa oona ona oa naha.
Kea leboha, Mohlomphehi…
[liatla]
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Letona le Khabane.
Litho tse Khabane, ke shebile nako le mosebetsi o batlang o pharalletse ka pele ho rona, ke se ke ntse ke bona re tl’o thekesella mane moo re ka ‘nang ra kopa hore le ntumelle ho eketsa nako hore re tsebe ho qeta mosebetsi o ka pele ho rona.
QUESTION 47. FOOD SELF-SUFFICIENCY BY LESOTHO DEFENCE FORCE.
Honourable Senator S. Motsamai asked the Minister of Defence to answer the following questions, in regard to plans for food self-sufficiency by the Lesotho Defence Force (LDF):
- How much is spent annually on food rations by the Ministry, on LDF;
- Could the Ministry provide a list of food supplies to LDF in terms of commodities and quantities;
- How much is the food requirement for LDF per year;
- How much is the gap between how much LDF produces and what they need;and
- How many production sites do they have and what do they produce?
HON. SENATOR L. TAU (MINISTER IN THE PRIME MINISTER’S OFFICE): Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo.
Potso ea Setho se Khabane Honourable Senator Motsamai e baleha tjena:
Selemong se fetileng sa Lichelete sa 2023/2024 Lekala la Ts’ireletso le ile la abeloa M25 million sebakeng sa phepo ea Sesole sa Lesotho. Chelete e ka holimo e ile ea eketsoa ka M8 million kotareng ea boraro ea selemo sa Lichelete sona seo sa 2023/2024, ‘me ka holimo ho moo hoa e-ba le litlatsetso tsa boleng ba M3,809,268.00. Kakaretso ea ts’ebeliso ea chelete ea selemo seo e bile M305,909,320.00.
Karoloana ea Potso e batla lethathamo la lijo tse sebelisoang ke litho tsa Sesole. Mohlomphehi, u tla ntataisa kaha ha ke tsebe hore na ebe lethathamo lena na nka le bala na kapa mohlomong le tla be le se le amoheleha le Karabo ha e ea ho Tafole? Le batla le le letelele haholo, Mohlomphehi. Ke ile ka utloa u bua ka nako. E-ee e be li-peanuts, li-biscuits le tse ling. Na ebe nka hla ka u fa tsona, Mohlomphehi, kapa li tla kenella Karabong?
MR. VICE-PRESIDENT: Li akarelletse feela u thetse tsa bohlokoa feela, Mohlomphehi, ha ho hlokehe hore u thetse ntho e ‘ngoe le ‘ngoe le bo-tea and sugar and so on.
HON. SENATOR TAU: Kea leboha, Mohlomphehi. Lethathamo lena la lijo sebakeng sa selemo sena le aroloa ka linako tse fapaneng; e leng nako ea beke, khoeli le kotara ka hore na ho batlahala tse kae.
Nakong ea beke mekotla ea moroho oa cabbage e-ba e lekholo, litapole mekotlo e 75, khoho ea boima ba 1.8kg bongata ba 5000, pork 1kg tse 5000, tray tsa mahe tse 350. Ke hakanyetsa tseno tsa beke feela, Mohlomphehi.
Ha ke fetela ho tsa khoeli, mohlala feela ka tse peli, tse tharo phoofong ea papa e ba ea 25kg e be tse 500, rice 10kg tse 100. Ke mpa ke li otla lihloohong feela, Mohlomphehi.
Ha re tla nakong ea kotara, lintho tseo ebang li hlokoa hanngoe ka kotara, e leng likhoeli tse tharo, e-ba litaba tse kang mabele 50kg tse 80, lebese 500ml tse 1000, setampo 10kg tse 500. Ke tse ling tsa lethathamo leo ba bang le lona, ‘me Lekala le hlokometse hore ho feta Sesole sa Lesotho ka selemo ho hlokoa ho kenyeletsoa le ho nyoloha hoa litheko hantle ho hakenyetsa M40 million, ‘me chelete ena e se e ntse e kenyelelitse le litaba tsa inflation.
Le tla hlokomela, Bahlomphehi, hore selemong se fetileng ha ho ne ho abiloe M25 million sebakeng sa phepo feela e ile ea boela ea eketsoa ka M11 million, ‘me ha u kenyelletsa sekhahla sa ho nyoloha hoa theko re ka re hore e fepehe hantle ho hlokahala M40 million.
Lesotho Defence Force e fumana lijo ho tsoa ho bahlahisi le bahoebi ba iketsetsang mosebetsi ono o joalo (tenders) moo e reng ha ba ikitile ba fuoe nako ea lilemo tse peli hore ba etse supply kapa ba fepele Lesotho Defence Force ka lijo.
Karoloana e ‘ngoe e ne e botsa hore ke libaka tse kae tsa tlhahiso tseo Sesole sa Lesotho se nang le tlhahiso ho tsona. Libaka tsena li tharo, Mohlomphehi: sa pele nka bua ka se Ha Foso moo ba neng ba ntse ba hlahisa ka mokhoa o seng matla haholo, empa selemo se fetileng tlhahiso e ile eaba matla haholo, hobane ba ile ba fumana mekotla e 3600 ea li-50kg tsa phoofo e ts’ehla kapa 100 tons, ‘me ho latela lipalo-palo tsane tseo ke li balileng mane its way above seo ba se hlokang. E leng hore ntlheng ea phoofo eno ba fihletse boitjaro.
Ke be ke bonts’e selemong sena re se re ntse re lokisa ho tla tla lema. Re rerile hore re tl’o tla re jala poone e ts’oeu hlabuleng lena le tlang, e le hore re be le phepelo e lekaneng ea phoofo.
Sebaka se seng hape ke sa Makoanyane moo ba nang le likolobe tse 200, likhomo tsa lebese tse 4 esita le sebaka sa meroho.
Sebaka se seng ke polasi eane e Hob-house e nang le likhomo tse 48 le linku tse 71.
Ke bonts’e, Mohlomphehi, re ile ra theha lefapha le bitsoang Food Production Unit haufinyane kahare ho Sesole sa Lesotho le okametsoeng ke Lesole la boemo ba 2nd Lieutenant eleha re batla hore re nyolle tlhahiso ea lijo le ho fihlella boitjaro. Lijo tseo ba ka khona ho itlhahisetsa tsona, ‘me ke lefapha lena le ileng la shebana le tlhahiso ena ea temo ea Hlabula le fetileng; ebile ho tl’o tsoeloa-pele ho hlahisa temong ena ea Hlabula le tlang.
Empa ke tle ke bonts’e, Mohlomphehi, haufinyana kea kholoa ka la 3 Phato, 2024, re ile ra nka eona Food Production Unit squad ra e isa mane Mpumalanga moo re neng re il’o ithuta ka tlhahiso ea naha e ntlafetseng, sebakeng se bitsoang Taffel, Mpumalanga province. Boithuto bono e ile ea eba bo botle haholo, hobane re ne re isetse masole a ka bang 12 ba kahare ho FPU.
Re morerong oa hore joale ba tle ba tl’o sebetsa ka thata ho bona hore ba ntlafatsa tlhahiso ea nama; eseng ho bona feela, empa le ho sechaba sa Basotho ka kakaretso. Haufinyane khoeling ea Mphalane ho ea mafelong re tla be re le boemong boo re memang esita le Litho tse Khabane koano hore li il’o bona ha morero ono o thakholoa moo re tla fumanela sesole sa Lesotho lipoho tse ntlafetseng, e le hore se tle se tsebe ho ho ntlafatsa mehlape ea sona esita le mehlape ea Basotho ka kakaretso.
Morero ona o tla phethahala, hobane re na le lichelete tse hlahang moo re ileng ra etsa lipoloko lintlheng tse ling kapa …haholo-holo tsena tse neng li ama litaba tsa li-insurance tsa lifofane.
Ke bonts’e mohlomong for the interest of the House hore ha re fihla ka koano re fumane aircraft insurance e etsa M81 million. Empa ka morao hore re etse re-negotiate and re-arrange litaba tseno tsa insurance e theohetse ho ntho e kang M46 million; e leng hore ho na le saving e kholo haholo e etsahetseng eo re neng re utloa re hlolletsoe ke eona.
Ke saving eno eo re tla e isa mane FPU, ‘me karoloana e ‘ngoe ea eona re tla bona hore re ba fumanela mofuta oa lipoho tse ntlafetseng le ho ba ekelletsa thepa ea temo. Litaba tseo ke lumela hore khoeli ea Mphalane e tla fela Ntlo ena e Khabane re e memme hore e ke e il’o ba lipaki tsa litaba tseo ha li etsahala.
Ka bokhuts’oanyane, Mohlomphehi, ke Karabo ea ka Potsong ena ea Setho se Khabane.
Kea leboha.
[liatla]
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Kea leboha, Ntate Vice-President le Honourable Minister.
Ka ‘nete Potso ena e tlile ka lintlha tse kholo tseo motho u li shebileng. Hantle-ntle ntho e kholo-kholo ke ho khannela hore Sesole sa Lesotho se itjare.
Ke hore taba eane e neng e batla ho u khathatsa matla ea lethathamo le lengata la li-biscuits, lepoopoo, mabese, joalo-joalo, ke ne ke re na ua bona hore na hona tjena e thusana hore likhomo tse ‘ne tsa lebese – na li-adequate for consumption eo u buang ka eona ea lebese?
So, that means hona joale na le ka se shebe ho nyolla ka moo ka lebeseng le nama, hobane bothata boo ‘na ke bo bonang, Ntate Minister, boo le nang le bona, ke hore ha re hloke hore re be le batho ba rekisetsang LDF lijo; ekaba ke Morena oa Peka o tla ka likhoho tsa hae tsa mekoko ha re hloke motho a rekisetsang LDF.
Hoo re ho batlang ke hore lifariki tseno tse ngata li lule li ntse li fepa Sesole. Joalokaha ba na le linaoa hona joale, hobane lijo tsa bona e se e le papa le linaoa, ba li ja Mantaha ho fihla Sontaha.
Ntlha eo re neng re mpa re bua ka eona ke hore na ha le bone hore le ‘ne le etse joalo hanyane ka hanyane? Masole a ithute ho ja lipabi ho feta ho ja lepoopoo, tse e ntsoeng ka poone ea bona eo ba tla beng ba hlahile mono ka eona?
Ke mpa ke hlahisa lintho tseno hore Potso ena morero oa eona e ne e le hore re fahlolle Lekala le bone bohlokoa ba tlhahiso e internal joale ho tle ho tsejoe ho etsoa joalo. Haeba linku li tla lula ka ‘nqane ha li ts’oanela hore ebe li il’o lula Sanqebethu, e leng hore ha li lula Sanqebethu u tlabe u behile lesole leno la hau hona teng le lisa linku tseo.
O se a tseba hore tsa Honourable Sehloho li se ke be tsa utsuoa eaba li ea ts’ela li ea tsamaea, hobane boteng ba hae tikolohong eo liphoofolo li fulang teng e se e boetse e le karolo ea security. E leng hore ke hore li tlohe mona, li tlohe kahar’a Makoanyane ka mono moo re li behiloeng hona teng likolobe tsena li il’o batleloa koana metebong ea Morena Khoabane koana moo metsi a leng mangata, joale ba lule ka mono. Taba ena e tla boetse e kenya letsoho tabeng ea ts’ireletso ea liphoofolo hore li se ke tsa otloa.\
Ke na le boinahano bono Ntate, hore na ha le bone eka bo ka re thusa hore re ee pele re le beng ba naha eo re tla re ts’ireletso ea eona lijong ka lintho tsohle e teng na?
MR. VICE-PRESIDENT: Litho tse Khabane, ke itse ke shebile nako, empa ke bona le phahama le le bangata. Ke itse ke shebile nako. Ke tla le fa eona nako, feela le lona le tl’o e eketsa, empa feela joale tsietsi ea ho e eketsa ke hore re memme Mohlomphehi Letona la Thuto le Koetliso.
Ke kopa hore re se ke be ra mo beha tsietsing ea hore a tsamaee a re siee a re joale u se a ea ka Ntlong eane ea Bakhethoa, hobane joale ho na le litaba tseo a eang ka tsona pele a mamela litaba tsa rona ka koano.
Ke kopa hore, Mohhlomphehi Letona, u ntumelle ke nke tse peli tsena
Ke kopa le etse lipotso tse khuts’oanyane, Bahlomphehi, le se ke la lelekela haholo. Le na le ho lelekela haholo! Le se ke la lelekela haholo, le ee potsong straight.
HON. SENATOT M.T. MAKHAOLA: Kea leboha, Mohlomphehi Honourable Minister.
Mohlomphehi, ‘na ke holetse kahar’a mabotho a na a iron.
A VOICE FROM BEHIND: U holetse kahar’ang?
HON. SENATOR M.T. MAKHAOLA: Ka har’a mabotho.
I was a boy soldier (laughter).
Ke holetse mabothong a naha ena, Mohlomphehi. Ke na le palo ka mono. Ke na le nalane ka mono. Ke ne ke na le lebitso, Mohlomphehi. Ke ne ke le le-cowboy. Ke ne ke le mobe haholo.
(Noise and laughter from the floor).
MR. VICE-PRESIDENT: Ke itse re be ba khuts’oanyane re se ke ra lelekela haholo, Bahlomphehi.
HON. SENATOR M.T. MAKHAOLA: Potso ke ena, Mohlomphehi. Ke ea hore ka ‘nete nakong eo ke ntseng ke le ka mabothong re ne re e-na le li-share tsa masole. Re ne re sa pheheloe, re ne re iphehela, re ea lijong mono re je re phehetsoe ke masole. E be ee ea ho etsetsoa catering e tsoa kae? E entsoe suggest ke mang? Neng? Ka mabaka afeng, Mohlomphehi?
HON. SENATOR M. KANETSI: Kea leboha, Mr. Vice-President.
Ke mpa ke botsa hobane ke makalletse ena ea liphoofolo tse Hobhouse (Free State) hore mohlomong ha re ka ra fumana tlhaloso ea hore na hoban’eng li le Hobhouse li se hae…
Kea kholoa potso ena e tla be e se e tlatsetsa tabeng eane ea Mohlomphehi Motsamai hore ha e le hae mona haeba lia lisoa li tla fana ka mosebetsi; tlhokomelo ea tsona le lintho tseno tse ntseng li boleloa li tla etsahala li etsahala kahar’a naha.
Ke maketse haholo hobane joale ke utloisisa hore joale tlhokomelo ea tsona e tlameha hore ebe re patala chelete ea naha ho hlokomela liphoofolo tse joalo.
Kea leboha.
HON. SENATOR K.L.K. THEKO: Ke ne ke re re ke re bue ka taba ea expansion of land e ka sebelisoang ea Basotho ke Sesole. Na ebe Letona le Khabane le e talima joang taba eo? Kapa ka policy e ka ‘nang ea tla ho re ka lebaka la temo e sieo, ka lebaka la ho hloka mohlomong re ka atametsana ra etsa lihalefote le Basotho,. ra hlahisa lijo teng tsena tsa lijo-thollo tse thusang sesole – ekaba u e bona joang, Honourable Minister, taba ee?
HON. MINISTER. L. TAU: Kea leboha, Mohlomphehi.
Ka ‘nete ke leboha lipotso tsa Bahlomphehi haholo, ‘me ke qale ka ea Honourable Motsamai hore na ebe boikeletso ba rona e ka ba bofeng ho atlehisa tlhahiso.
Ae, ka ‘nete, Honourable Motsamai, ehlile hantle ho thehoa hoa Food Production Unit, ebile re etsa delegate Masole a isang mashomeng a mabeli a metso e ‘meli ho eona, ke hona ho susuhlelletsa hore re tl’o hlahisa tlhahiso ea lijo sebakeng sa Sesole. Joale empa e seng sebakeng sa Sesole feela, empa le hore Sesole se nke karolo keta-peleng ea tlhahiso ea lijo sebakeng sa sechaba ka kakaretso.
Taba ena ea ho thehoa hoa FPO squad ehlile e reretsoe eona taba eno, ‘me re qalile, hee, hore re ba fe monyetla oa hore ba be le boithuto libakeng tseo ebang tlhahiso e se e ntlafatse haholo hore na lijo-thollo li hlahisoa joang, nama e hlahisoa joang, ha likhomo tsa lebese li hlahisoa joang.
Ha ke ntse ke bua ka budget savings tsena tseo re li boneng li hlaha moo e bang mohlomong re ntse re bona hore e ka ‘na eaba chelete e ne e sa sebetse hantle, joale re ntse re re ha li ee hona mane li il’o eketsa tlhahiso, re ke ke ra fella mono tabeng ea lijo-thollo le nama empa re tla fetela ho tsane tsa mahe le eng kaofela tseo e bang mohlomong re itlhahisetsa tsona.
Potsong ea Morena oa Melele o ne a re na ho tla joang hore ebe catering e ea etsahala. Ae, catering ho na le nako eo e ileng ea etsahala, empa ho na le nako e ileng ea ema. Hona tjena le hoja ho rekoa lijo hakaalo feela li-chef tsa masole ke tsona tse ntseng li koetse li tsoela-pele hore li phehe ka mono.
Honourable Kanetsi o ne a buile ka taba ea polasi e Hobhouse. Ke taba ea nako e telele, Honourable Kanetsi, ‘me ke morero oa rona re le Lekala hore, ae, ehlile taba ena ea Hobhouseke eona e lokelang hore e fele. Re ne re tlameha hore re e lokisetse hore na ha e fela na ebe ke hofe ho tla tsoela-pele ho nka boikarabello bono, ‘me eona unit ena eo re e qalileng ke eona e tla tsoela-pele e nke boikarabello bono.
Morena oa Thaba-Bosiu o buile taba ea bohlokoa ea hore re ka ba le kopanelo le ts’ebelisano-‘moho ea mobu le Basotho joang. E teng le eona tafoleng, Morena oa Thaba-Bosiu, hobane kaha rea tseba hore our land system e re mobu o matsohong a malapa ka ho fapakana (households) ho lokela hore ho kopaneloe hore (‘me ha ba o leme joalokaha u bolela, Mohlomphehi) le ba nang le bokhoni ba re ba o kopanela.
Le eona ena re ntse re e etsa hore e tle e oele hona mono FPO ha re ntse re fumana metsuntsunyane mona le mane ea lichelete, joale ebe re khona hore re etamele Basotho kapa lithota tse ling tseo ebang li sa sebetsoe tseo motho u li bonang hohle kahare ho naha hore masole a li kopanele joale a nyolle tlhahiso.
Kea leboha, Mohlomphehi.
POINT OF ORDER
HON. SENATOR M. KANETSI Ke ema mona ka Point of Order ea hore, Mohlomphehi, re lumelle taba eane ea Motion e fete re tle re sale re qetela Potso e salletseng kamorao.
Kea sisinya.
MR. VICE-PRESIDENT: Ache, ha ke nke ho e-na le Point of Order mono (laughter). Ke uena ea ntseng a etsa hore ebe re nkile nako e telele tjena.
QUESTION 48. OPERATIONALIZATION OF THE LESOTHO DEFENCE FORCE (Amendment) ACT OF 2002.
Honourable P. Mathealira, on behalf of Honurable Senator J.A. Mots’oene, asked the Minister of Defence the following questions on the Lesotho Defence Force (Amendment) Act of 2002;
- What was the rationale behind the amendment of the Lesotho Defence Force Act of 1996;
- Has the 2002 Amendment Act achieved its objectives;
- How many serving soldiers would retire at the age of forty-five (45) as prescribed by the Act;
- Has the Ministry considered the security threat of retiring soldiers at their prime age of forty-five (45); and
- If the Ministry has considered the security threat posed by the implimentation of the Act, what steps have been taken to rectify or amend it?
HON. MIN. L. TAU (MINISTER IN PRIME MINISTER’S OFFICE): Kea leboha, Mohlomphehi Vice-President.
Ka ‘nete Karabo ena ea mashome a mane a metso e robeli e amang taba ea ho kena ts’ebetsong hoa Lesotho Defence Force (Amendment) Act of 2002 e teng, ‘me e balehe tjena:
Sehlomathiso sena se bile teng kamor’a khothaletso ea Komisi ea Lipatlisiso e neng e etelletsoe-pele ke Justice Leon e neng e batlana le merefe-fere ea selemo sa 1998 moo masole a boemo bo tlaase a neng a belaelloa ka ho tsohela Bolaoli ba ‘ona matla.
‘Muso ka nako eo o ile oa etsa qeto ea hore o fokotse lilemo tsa ts’ebetso tsa masole a maemo a tlaase ka boemo, feela a le maholo lelimong tsa tsoalo.
Taba ena ‘Muso o e entse o sa batla boeletsi nakong eo kapa ho etsa boithuto bo tebileng esita le ho ithuta linaheng tse ling hore na ho sebetsoa joang, ‘me ha ho ka moo Sehlomathiso sena se neng se ka fihlella sepheo se ahang – kapa se ne se hlabana le mekhoa le tsamaiso e nepahetseng ea Sesole.
Hajoale ke masole a ka bang 3, 070 a ka tlaase ho lelimo tseo tse mashome a mane a metso e mehlano tse neng li behoa e le lilemo tsa ho ea phomolong ka Sehlomathiso sena sa 2002, ‘me hajoale ke ba mashome a robeli a metso e mehlano (85) ba bona ba lokelang ho ea phomolong ka Ts’itoe selemong sena se holimo.Taba ena e tlisa tlokotsi kapa ts’oso kahare ho naha.
Lekala la haeso le bona taba ena e le qholotso e kholo e ka ‘nang ea ama ts’ireletseho le botsitso ba naha ekasitana le botlokotsebe bo ka bakoang ke Masole a boemo bo tlaase joale a seng a phomotse empa a ntse a e-na le tjantjello ea ho sebetsa.
Ka lebaka lena, Lekala le se le ikelelitse, ‘me le se le le mothating oa ho qetela, hore le il’o teka ka mane ka Ntlong ea Bakhethoa, Molao o hlomathisang Sehlomathiso seo sa 2002, oo oona o tla bitsoa LDF (Amendment) ACT, 2024 o tla lokisa ha o se o tekiloe ka mane ka Ntlong ea Bakhethoa.
Hantle-ntle, Bahlomphehi, Molao ona o ne o lokela hore ebe o se o ile oa tekoa, o ile oa mpa oa khutlisoa ke ruling e ileng ea etsoa hore li-Bill ha li tekoa li tle li entsoe cost, eaba o fihla o khaoletsoa ke taba ea hore ho ba le Point of Order e hlahisoang kahar’a Ntlo, ‘me Setulo sa e ananela hore Melao eohle e neng e le mathuleng a hore e tekoe e khutle e il’o etsoa cost, e leng taba e neng e ntse e sa etsahale pele.
Lekala le se le ikelelitse ‘me le se le le mothating oa ho qetela hore le ilo teka ka mane ka Ntlong ea Bakhethoa Molao o hlomathisang Sehlomathiso sa 2002 oo oona o tla bitsoa LDF Amendment Act of 2024, o tla lokisetsa hore ha o se o tekiloe ka mane ka Ntlong ea Bakhethoa hantle-Bahlomphehi, ho ne ho lokela hore ebe Molao ona o se o ile oa tekoa eaba o khutlisoa ke a ruling e ileng ea etsoa hore li-Bill ha li tekoa li tle li entsoe cost. E itse ha re le mothating oa ho e teka, eaba o fihla o khaoletsoa ke taba ea hore ho ba le Point of Order e hlahisoang ka hare ho Ntlo ‘me Setulo sa e ananela hore Melao eohle e neng e le mathuleng a hore e tekoe, e khutle e ilo etsoa cost, eleng taba eneng entse e sa etsahale pele. Eleng hore Molao ona o ile oa fihla oa anngoa ke taba e joalo, empa leha ho le joalo, Lekala la haeso le la Lichelete a qetile ho etsa cost Bill eo ‘me e tla khutla e ilo tekoa.
Sepheo sa Bill ena e tla tekoa ke hore ho etsoe introduce ntho e bitsoang Staggered Retirement Ages, eo ho eona re ke ke ra re Litho tsa Sesole li ea phomolong ka lilemo li le ling. Ke hore mohlala haeba a ba le lilemo tse 45 kapa 55 ebe ba ela hong kaofela, haholo hobane re na le phephetso ea hore re sitoa hore re hire Masole kapa re kenye Masole a macha selemo le selemo. Joale o tla fumana hore ha ba ile ba kena joaloka hona tjena, esale ba qetela ho kena ka 2019, nako eo ba fihlelang lilemo tsa bona haeba ba sieana ka ho tloha 18 years ho ea ho 24 years, ba fihla ba tsamaela hong ka nako ele ‘ngoe. Taba ena e ama tšebetso ea taba ea Institutional Knowledge Memory le tse ling kaofela tsa hore litaba li tsamae hantle.
Setšoantso sa Molao se tla tekoa se reretsoe hore se etse introduce lilemo tsa ho ea phomolong tse fapaneng ho latela boemo le boikarabello ba Sesole, re tla hopola hore re na le mekhahlelo e ‘meli, eleng ea Masole le Liofisiri mohlomong from the Rank of Boy eseng Cowboy ho fihlela mohlomong ho Warrant Class One joale e se e le ba bang. ‘Me taba eno haeba ke e hopola, le hoja ke sa tšoara Setšoantšo seo sa Molao, e tla qala lilemong tse 52 ho latela hore Lesole kapa Ofisiri li boemong bo fe, joalo-joalo, hoea ho lilemo tse 62. ‘Me hang ha Molao oo o tekiloe, haufinyane o tla fetola bothata le phephetso ena e tlisoang ke Sehlomathiso sena sa Molao sa 2002. kea leboha, Mohlomphehi.
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane, ka lirabo tsena tse bileng very informative. Mr. Clerk Next Item.
Item Number 3: Motion Number 28 (Elevation of Vocational Training)
MR. VICE PRESIDENT: Litho tse Khabane beke e fetileng re ile ra teka taba hore Ntlo ena e Khabane ea Senate e khothalletsa ‘Muso oa Lesotho ka Lekala la Thuto le Koetliso le Lekala la Lichelete le Meralo ea Ntsetso pele ka lefapha la Lihlapiso, ho inahanela ho nka likhato tse tla nyolla Thuto ea Mosebetsi oa Matsoho hore ebe e ‘ngoe ea metheo ea thuto Lesotho. Phetoho ena ea monahano eka beha litholoana tse latelang:
- Makoloane a thehang mesebetsi eseng a batlang mesebetsi.
- Menyetla e mengata ea ho theha mesebetsi ka lebaka la litsebo tseo ba li fumaneng.
- Ho theha likhoebo tse hlahisang tse ‘nyane tse tla thusetsa khulisong ea moruo.
- Ho rekisa Machabeng Basebetsi ba nang le litsebo le bokhoni ba ho romella metsuntsunyane hae, ‘me Litho li ka tsoela pele ho bua.
Ke kopa hore ke hlakise Litho tse Khabane hore ‘na ke ne ke lebetse hore ho buile bo mang, ke ne ke tlo bula smooth feela hore ho ipueloe, empa Tafole e nthusitse e mphile hore na ke Litho li fe tse Khabane tse ileng tsa bua hobane joale, ho latela Standing Orders, Setho ha sea tlameha ho bua ha beli tabeng ena. Ke kopa hore Litho li ka tsoela pele tsa bua.
HON. SENATOR M. T. MAKHAOLA: Point of Order.
MR. VICE-PRESIDENT: Ntlha ea Tsamaiso Morena oa ka oa Melele.
HON. SENATOR M. T. MAKHAOLA: Ebe Mohlomphehi tsamaisong ea hau joalokaha ho se hona le Litho tse ileng tsa ema, tsa bua, ke e mong oa tsona. ‘Me ke ile ka khobotla ka matla a maholo, joale Mohlomphehi ebe u ke ke oa beha Mohlomphehi leseling hore na Litho tse ileng tsa khobotla ka thata li ile tsa li beha joang?
MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha Morena ua ka oa Melele ke ne ke hlalositse hore ‘na kannete ke ne ke lebetse hore ha na ke bo mang ba ileng ba bua. Ka lebaka leo, ke ne ke tlo bula smooth hoo ba babang ba ne ba tlo ipheta.
Empa joalokaha ke hlalositse, Tafole e nthusitse e nkhopolitse mabitso, oa pele ke Morena ua ka oa Sehlooho oa Melele, ke eena ea ileng a bua. Oa bobeli ke Morena ua ka oa Sehlooho oa Rothe, oa boraro ke Morena ua ka oa Sehlooho oa Mokhotlong, oa bone ebile Morena ua ka oa Sehlooho oa Matšekha. Morena ua ka oa Thaba. Ke kopa o tsoele pele.
HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Mohlomphehi, ke leboha haholo kannete, ke thaba hore Letona le utloile khoelehetso ebile le itlisitse ka seteetee hore a tlo mamela mololi ona oa taba ena eo re hopolang hore e ka ‘na ea thopotela ho Babusi, ‘me ba fetola chebelo pele malebana le theho ea Policy ena. Re re Policy hobane re na le likolo tsa mesebetsi ea matsoho, empa hantle li nkoa li le fatše li sa hlomphehe, li sa nkeloe holimo. Le ha re ntse re bona hore ho tloha khale ka nako ea Morena Lerotholi, o ile a ba le chebelo pele ho tloha khale haholo eaba re ba le Fokothi, re bile le Leloaleng, and others tseo ekang tse Thaba-Tseka. Ha ke tsebe kapa e rehelletsoe ka ‘Me’ Matheko, ‘me le tse ling kea kholoa Hlotse mono ho na le tse ling tse joalo.
Empa hau ka talima tšobotsi, the attitude of the Government tse fetileng. Ha ho ka hoa ba le thahasello ea ho etsa likolo tsena li be attractive-Ntate Mantata o ile a sebelisa taba maoba re le mane Maseru Sun ha re bua ka hore na Bacha Temong hore ba tle ba e rate, joale a sebelisa ka bosoasi a re we have to make Temo ebe a little bit sexy. Kea kholoa le hona mona we need to do Education ena ea matsoho ebe more sexy, ele hore e tle e tsebe hoba attractive to the young people. I don’t know what aspects we can use Honourable Minister, you are a Scientist u ka tseba hore na re ka e lokisa joang hore ebe ntle ele hore e tle e tsebe ho etsa attract batho ba bacha hore ba tle ba ee mesebetsing ea matsoho hobane, kannete taba ena ea dependency ea batho ba bacha, ea hore ba kene sekolo ho ea hiroa, it totally has worked against the growth and the development of our Nation re le Sechaba.
Litaba tseo li ea hlokahala hore re lokise our mind sets and do these a better way, that is to say Vocational Schools, li etsoe improved, li be kholo, li be makhethe, li be matla li be ntle. Kea kholoa ke eona taba e kholo eo re reng ebile joale e bolela mololi o mong, Honourable Minister, oo ke utloang ke o ratile ebile ke o aka, oa hore e tla re le linaha tse ling li ka tseba ho etsetsa import our knowledge ea batho ba no ba koetlisitsoeng ka tsela e joalo, hore ba tle ba tsebe ho ea sebetsa le linaheng tse ling for botle ba hore naha ea Lesotho e etse gain ho hong.
Ke tseba ka naha eo re qetang ho bua ka eona ea Irish, e ile ea ba le mokhoa oa tlhokahalo ea litšebeletso kapa ea tšebetso hoo ba ileng ba etsa train batho, ‘me ba ba etsa export hore batho ba na ba ilo sebetsa ba tlise chelete hae; ke e ‘ngoe ea litaba tse tlhorong ho tlhahiso ena eo re reng kannete rea e aka. Ke tabahali e ka tsebang hore ahela tšobotsi ea hore Sechaba sa Basotho se tle se phele. Feela ke nahana hore ntho e kholo ke ho etsa hore Basebeletsi bona, Likolo tsena li ke li be ntle, li be attractive to the younger generation, hoo ba bonang eka mosebetsi oa matsoho ke ho hloleha.
Ho na le sebaka haeso mane moo ho thoeng ke Thaba-Khupa moo se ileng sa nkuoa ka thupana ‘mooane ka nako ea Lipolotiki tsena tsa rona tse bohla. Ho ne ho thoe ke Thaba-Khupa Economical School, eo le eona eneng ele sekolo sa Thuto ea bana ba Basotho hore ba ithute mosebetsi oa matsoho. Ho etsa sekosekara, lijoko, le litokiso, mesebetsi e kang le mehoma ka bo eona. Empa hona joale tjena it has been turned into a hotel and ha ke tsebe hore na ebe katleho ea hona ke ho fe. I feel guilty because ebile batho ba bang ba nahana hore ke ‘na ea fileng motho eo sebaka seo, ke hore ke jarisoa lekoko la nku eo ke sa e jang. Empa taba e kholo ke hore ekare e ka etsoa retain le tse ling.
Hona le sekolo se seng hape haeso mane Ha Matela, ho ne ho ena le sekolo se joalo. Ntate e mong eo eneng e le Letona, eo hloho ea hae ekang hae tšoare hantle, o ile a rekisa sebaka seo kapa a se fa mokhotsi oa hae. Hona ho bontša hore ha rea nkela libaka tsena ka Bohlanka le botle boo li lokelang hore li bo etsoe, ‘Me li lokela hore li etsoe retain.
I have thought hore ‘Muso ona o tlo tla o sebetsa ho etsa repossess litaba tseno, empa ka lebaka la hore nako hae e-eo, Honourable Minister, re leboha bo teng ba hau hore u tle u tsebe ho nkela taba ena hlohong, mohlomong u e teke ka pele ho Puso, hobane ha ngata re etsa Litlhahiso tseo re bonang li fella feela, ho sena letho le etsahalang ho liatlehisa hore li nkeloe hlohong, ka hona rea u amohela Mohlomohehi ua ka, re thabela bo teng ba hau. Empa taba ena rea e aka ebile re e opela mahofi hore Honourable Kanetsi le Ntate Lebese ba kentse taba ena mosebetsing, ‘me rea e kopela hore e nkeloe hlohong hlee, kea leboha Mohlomphehi.
MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Senator Mokhathali.
HON. SENATOR M. P. MOKHATHALI: Kea leboha, Mohlomphehi Vice President, le ‘na hau mpha monyetla oa ho bua tabeng e ntle hakana-kana. Le ‘na ke re boteng ba Ntate Minister, kannete taba ena e kholo. ‘Me ho latela tlhokahalo ea mesebetsi e teng ka hare ho naha ena, le bacha ba rona ba bonahala ba ea likolong tse joalo ka matla a tšosang, ka bongata bo tšosang, empa joale li sena tataiso ea Lekala la Thuto.
Ha ke etsa mohlala , Lesotho National Council of Women, ena le sekolo Maseru East. Se rutang bacha carpentry, moroko le mopheho. Sekolo se joalo se teng Pitseng, se boetse se teng hape Morija. Empa ke likolo tsena tseo ke buang ka tsona, Ntate Vice, sa Maseru East se kalile ka 1973. Ever since se ntse se ruta bana ba Basotho empa ntle le botataisi ba mofuta ofe kapa ofe ba Lekala la Thuto. Le hona kajeno lena re ile ra chakela Pitseng koana le Morená oa ka Morena oa Ha-Majara ha re ile Pitseng bekeng e fetileng, bana ba mono ba bangata. Kea kholoa re na le palo e ka etsang 60, feela thepa ha e-eo eo ba e sebelisang hobane ke likolo tse qaluoeng feela ke bo ‘Me’ ba Basotho ba neng ba bona tlhokahalo e bonahalang e ntse e tsoela pele.
Thepa eo ba e sebelisang le meaho Ntate, u tlo chakele, u chakele Maseru East, u chakele le Pitseng. U tla bona mehau ea hore bana ba na ba lakatsa ho fumana thuto eno. Empa joale ka ha ntho e iqalletsoeng ke bo ‘Me’ feela ba metseng, kannete ekare Lekala la heno le ka e ela hloko. Haeba ke sekolo se qalileng ka 1973, ‘me le kajeno se ntse se tsoela pele. Se bonahala se hloka, kannete, thuso ea ‘Muso, se bontšitse hore se ka ema. Haeba ‘Muso o ka tseba ho thusana boemong bo joalo, kannete bana ba no ba ka thuseha.
Ha u sheba Sekolo sa Pitseng se na le bana ba hlahang Mokhotlong, ba hlahang libakeng tseno tse ka Maluting kaofela ba lulang Pitseng mono, empa joale ‘Muso ha o re letho. Ke ka makhetlo a mangata re memme Matona ho ea ba ilo sheba, empa ha ba qeta ho sheba ba ea ikhutlela. Ke se ke u mema Minister hore le uena, che, u tlo ko ee, u ko ilo bona masisa pelo a mono empa u bone botle ba mosebetsi bo hlokang mohau oa hau hore u tle u thusetse, kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Morena Mohale.
HON. SENATOR T. M. MOHALE: Kea leboha, Ntate Motlatsi oa President. Litaba tsena tse buoeng mona ke Litho tse Khabane ke litaba tsa bohlokoa tse amang Sechaba sa Basotho, tse amang boiketlo ba Basotho.
Re bile le monyetla ho ba le likopano ka litaba tsa SADC PF National Assembly bekeng e fetileng. ‘Me ‘mokeng mono re ne re bontšoa hore ka nako ena eo re leng ho eona, bana ha ba ee likolong. Boholo ba bana ba tšaba Sekolo ele ka mabaka a tlhoko ea chelete, ele ka mabaka a tlhobolo, hobane likolong bana ba qobelloa ho apara uniform. ‘Me re ne re bontšoa graph e hlakileng hore mokhoa oo bana ba eang Likolong boemong ba High School o theohile ho feta linako tsohle. ‘Me taba ena ea fa motho boinahano ba hore mabaka a mang a etsang hore bana ba seke ba ea Sekolong, ke taba ena eo e reng ha ba na ba qeta ho ea Sekolong ebe ha ba fumane mosebetsi. Bana ha ba bona Batsoali ba bona, ba bona beng ka bona bao ha ba qeta ho fumana mangolo a University ha ba fumane mosebetsi. ‘Me taba eno e luba bana ka hore ho ea Sekolong ha hona molemo hobane likolo tsa University, tse nang le bohlokoa feela Lithuto tse fanoang University ha li sa khona ho anetsa litlhoko tsa rona re le Basotho.
‘Me Ntate e kaba bohlokoa hore litaba tsena tsa Likolo tsa bana ba Basotho li ka thusa motho e mong le e mong moo a phelang hore a fuoe Thuto e tla khona ho mo phelisa ele motho. Moo re phelang teng metseng re iphelisa ka mokhoa o fapaneng le oa Maseru koano. ‘Me taba eno e ka fokotsa le hore ebe batho re tla Maseru mona ka tebello ea mesebetsi e sieo.
Rea tseba Ntate hore Lekaleng leno la hau ho na le Lekala la Vocational Training, e teng Lekaleng la hau. ‘Me ekaba bohlokoa hore Vocational Training e hle e fuoe libetsa tsohle ho thusa mathata a na ao re nang le oona re le naha. Ke hore litaba tsa litlhoko tsa rona re le batho, ho aha, ho pheha, ho roka, ekaba litaba tseo bana ba ithukhubetsang ka tsona ho feta ka mokhoa ona oo ba ithukhubelitseng ka tsona ka tšepo ea hore le haeba ba sa hiroe ba tla khona ho iphilisa.
Motho ha u sheba marang-rang o fumana hore boholo ba linaha tsena tse khonang ho iphelisa ba nketse Thuto ena sehlohlolong joalo ka tsohle. ‘Me e thusa hore ngoana e mong le e mong, kaha Molimo o re file lineo tse fapaneng, re tsebe hore ka Lekala la thuto ngoana o bolokolohing ba hore a ka ea Sekolong a intlafatsa ka lintho tse tla ba molemong oa hae le molemong oa lelapa labo. Ka hona, ke tlatsa Tlhahiso ea Litho tse Khabane, ke kopa hore hle ka boikokobetso ho latela mathata ana ao re tobaneng le oona a naha a moruo, litaba tsena tsa Vocational Education li ke li nkeloe sehlohlolong. Hona tjena u bone hore na Manpower mona ke mathata a makae, ka bana ba tetang ba tlo tla ba batla Scholarship ka tebello ea hore ba tla fumana likolo. ‘Me rea tseba hore ke bothata bo bokae, feela ha thuto, ha ho ka ntlafatsoa e etsang hore ngoana e mong le e mong moo a teng a khone ho iphelisa ka lintho tse tla mo phelisa lapeng moo a phelang teng, e tla ba taba ea bohlokoa. Ka hona, ke tlatsa Tlhahiso ena ea Litho tse Khabane ‘me ke leboha hau le Ntate e se eka u ka e nka mofao. Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Litho tse Khabane, ke shebile hore ho latela Standing Order Number 16, re se re salletsoe ke metsotso e mene kapa e mehlano pele re nka khefu ea lijo tsa motšeare. Empa ke re ke fumane tumello ea rona kapa tataiso ea lona Litho tse Khabane hore re eketse nako ee le ha ele ka metsotso e 30 hore re phethele litaba tsena.
Question Put and Agreed to Suspend Standing Order Number 16
MR. VICE-PRESIDENT: Ke kopa hore re ka tsoela pele, ke tla fa Morena ua ka oa Ha-Maama.
HON. SENATOR M. S. MAAMA: Kea leboha hle, Ntate Vice President. Kannete Ntate ebile ke tlo ba mokhutšoane haholo kea kholoa le metsotso e ka tlaase ho e mene nke ke ka e qeta.
Ke re Ntate ke tlo ipuela ka tsona Likolo tsena tsa Mosebtsi oa Matsoho. Ha u lemoha hona tjena ka mane ka haeso ka Roma, selemong sona sena ho tlo boetse ho ntšoa makoloane. Ho ntšuoa makholo-kholo a batho a ntseng a hatellana holimá a mang. Tlhahiso ena ea Setho se Khabane kea bohlokoa haholo, hobane haeba u oa elelloa, Likolong tsena tsa rona tsa mosebetsi oa matsoho motho a le mong ea tsoang haeso mane Bishop Allard, a le mong o hira batho ba leshome.
Ke hore eno ea ahang ea etsang tsohle a ke ke a atleha ho aha a le mong. Ele hore ka mantsoe a mang o tla hloka batho ba ba hlano le ho feta. Ka mantsoe a mange le hore e etsa phokotso e kholo ka mokhoa o makatsang sebakeng sa tlhokahalo ea mesebetsi. E ‘ngoe e ne ele eno ea hore li ngata haholo tseo kannete li oeleng re sa tsebeng hore na ‘Muso ha o hlokomele litaba tsena tsa Likolo tsena tsa Mosebetsi oa Matsoho.
Se seng ke seno haeso mono se ho thoeng ke Thabana-Li-‘Mele, e ne ele Sekolo se tummeng haholo. Se ruile likhomo tsa lebese, se loha lintho tse ngata, le litaba tsa moaho. Se oele Sekolo seno sa Thaba-Li-‘Mele, ha re tsebe mabaka hore Ntate Sekolo se sekaalo kalo se neng se thusitse le bana hore ba se tle Maseru Motse-Moholo, ba Fatima ho ea koana Ha-Ramabanta ba ithuta ba ntse ba le ha habo bona mono, ha se eo se felile. Ke hore nka li bala li le ngata Ntate. Empa ke re ke tle ho sena sa haeso sa Temo, hobane ke sona seo le sona se neng se ka khona ho theola tlhokahalo ea mesebetsi. Ha u sheba o feta o ikela Khubetsoana koana, jarete eno ea Sekolo sa Temo e ea tlontlolla. Ha e bontše hohang hore ke moo re betlang litsebi tse tlo tšoara naha ena litabeng tsa Temo. Haholo ebile ha re re Temo ke mokokotlo oa naha. Empa le teng ha re ahlola re feta Ntate, ha u ka batla litaba tsa mono, u tla fumana hore literakere li peli. Terakere ena e ‘ngoe e setse ka mohoma o le mong feela
U tla fumana hore literekere li peli, terekere ena e ‘ngoe e setse ka mohoma o le mong feela. Ke ne ke kopa Letona le Khabane le tle le mpe le il’o batla litaba tsena ka bookameli ba teng, hore literekere tsena tse peli ekare li ne li ngolisitsoe le Company eo ho thoeng ke AVIS, e seng e tsamaile, joale ka mantsoe a mang ebile ha li na le tokelo ea ho tsamaea. E leng ho re AVIS e tsamaile le Litokomane tseno tsohle kaofela hoa tsona. Ke ne ke re haeba liphuputso tsa ka li fosahetse, a tle a il’o ipatlela, a ke a bitse bookameli ba mono.
Ha u sheba kahar’a metse ka mona nakong e fetileng ho n’o bile ho na le lintho tseo ho thoeng ke likoporasi, tse neng li beha basupisi. Basupisi bao joale tjena, Ntate, ha u re ba ile ho uena mane, ke hobane ha ba ee mane sechabeng khafetsa-khafetsa, ba ke ba il’o etsa thuto, ba se ba e etsa ka matsoho. U tla fumana le lihoai feela – lihoai tsa banna ba Basotho feela ha liphoofolo tseno li kula, ebile ba feta le batho bana ba tsoang sekolong. O tla u joetsa hore phoofolo ena ha e kula tjena, e hloka moriana o itseng. Ka ‘nete bana ba rona ehlile ba theohile haholo. Ha ke tsebe na ebe ke hobane Sekolo sena sa Temo se lahliloe kherehloa na!
Ka ‘nete, ke ne ke re ‘na litaba tsa ka li hakana, ke re Tlhahisong ena ea Setho se Khabane ‘M’e Kanetsi nka be ke lelefala, ke ea pele ka eona, Ntate, empa joale ka lebaka la hobane re se re ts’oha nako, ke ne ke re kannete kea bohlokoa. Re ne re re, re eletse ‘Muso hore, oele! Likolo tsena tsa mosebetsi oa matsoho, ha li ke li matlafatsoe!
Ntate, le haeba ke boletse tsena tse tharo, a k’u etse lipatlisiso, u k’u romelle bahlanka ba hau literekeng, u k’u il’o botsa hore na meaho e ntseng e le teng ea Lekala la Temo na e hokae, e feletse hokae, hobane haeba re se re hlotsoe ka mane ka moo re its’ireletsang ka meaho, ka eng, empa ena ea temo eona e kholo ka mokhoa o makatsang, eo le ngoana ha a tsoa sekolong mane a ka itjarang ka eona feela. Khang-khang, ke khahlametso feela ea ‘Muso hore na o qala joang litaba tsa hae tsa temo, hobane temo eona e turu, ebile ha ua lebella hore ha u ts’ela chelete mono e tla be e khutlile, hobane e ka lahleha.
Feela joale ke hona moo re reng ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e na le li-risk. Ka mantsoe a mang ha re lema hase ho bolela hore u tla atleha, hobane seoa se ka tloha sa hlaha feela, sa fihla sa senya ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe. E leng ho re temo eona e batla batho ba hlokolosi. Le ba bolepi – re be re kenyeletse le ba bolepi, Ntate, u re thuse hore ha re lema re tsebe hore na pula e tla tla e fihla ka nako efe… re se ke ra lema feela.
Ka ‘nete ke ne ke re Tlhahiso ena ea Setho se Khabane ke ea bohlokoa, ‘me ke leboha le Letona le Khabane ka hore le ile la tla, la tla utloa seboko sa rona hore na re ne re mo eleletsa ka hore a etse joang.
Kea leboha, Mohlomphehi…(LITLATSE)…
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ke ne ke re ka uena, Ntate Vice-President, ha ba tsebe hore ke ne ke le sieo ‘na. Ke ne ke re joale u mphe metsotso eno e setseng, ke e qete kaofela.
(Kea e nka. Joale kea qala hore ke nke metsotso ena kaofela).
Ke ne ke re re lebohele Tlhahiso ena e behiloeng ke Litho tse Khabane ka ‘nete le ka boinahano bo boholo. Ke ne ke ratile hore ebe ha ho kenoa ho eona tjena, ebe Letona lane la rona la Litaba tsa Machabeng le teng, le la Trade le la Lichelete, hobane lintho ha li ka tsa hana ho hokahana feela ka boinahabo ba Makala ano, re ke ke be ra tseba ho ea pele.
Ke ne ke batla bana feela ba tsebang. Oa thuto, ntho e kholo ka mona ka litabeng tsena tsa thuto, Ntate, ha se meaho hona joale ha re bua le uena, ke taba ea hore na curriculum e kenngoang ka mono e joang, e tl’o amana joang le ‘na kantle ka mona. Haeba kahar’a vocational schoo, curriculum ea teng – be it any curriculum, ho latela hore na likolo li tla be li ikhethile joang, ba ke ke be ba tseba ho hlahisa seeta seo ke se roalang, it means you are missing the game. Ebe ngoana a ke ke be a etsa tie eo ke e tlamang, we are missing it. Ha ba tl’o etsa suit eo Mohlomphehi mola a e apereng, we are missing the game. Ha ba tl’o tla ba etsa lijo tse shelvong ea lebenkele lefe kapa lefe, eba re ea ho eona ka cornflakes, eba re ea ho eona ka russians, we will not make it.
Ntho eo ke lekang ho e supa, Bahlomphehi, ke hore re ts’oanela koetliso ea mofuta ofe kapa ofe, eo re fihlang re e etsa kahar’a likolo tsena, eba ke ba moroko, re tsebe ho cho hore na sechaba sa Basotho se ntse se apara’ng, se robala ka’ng, joale ebe re tsoa ka eona.
Ke mane, moo ke neng ke re ebe bane ba Finance ebe ba teng, joale ebe re tseba hore eane oa Trade o teng, hobane taba eno e tl’o tla e re thusa hore Tlhahiso ea batho bano ha ba tsoa ka sekolong, e re ha ba e etsa perfect ba ea kantle, e tsebe ho kena ‘marakeng.
Ha re ka ba ra etsa ena ea hore feela re il’o ba ruta ka mane ebe ha re tsoele ka mona, ba tl’o baleha, ba ke ke be ba ea likolobeng, hobane kolobe ba tseba feela ho e sebelisa ka mane, empa e tl’o hloka motho ea e jang, hobane chain stores tse teng kaofela hoa tsona, Ntate Rapapa, ha li nke nama e hlahisitsoeng ka motseng.
Then it means, bane ba lilakhapane re ts’oanetse re tl’o ba le machinery oo bana ba Fokothi ba tla o etsa, ba o etse hore o se ke be oa ba turu, ebe re ntse re lata machinery oa ho hlaba liphoofolo China; bane ba tsebe ho o etsa ka mona. Popcorns tsena, tseo e reng mahipi a Maseru ha a nyoloha Kingsway ebe a li ts’oere ka letsoho, re tsebe hore mochini ono le poone eno le senoko seno li tsoa kahar’a Maseru ka mona, kapa li tsoa kahar’a naha ea Lesotho.
Ha re sa e etse joang, Ntate, re ntse re tl’o khutlela hona mona. E ntse e tla ea St. Elizabeth, e ntse e tla ea hona ka mona ka Maseru East ka mona LNCY, e ntse e tl’o tla e ea Leloaleng, hobane ba ntse ba sebelisa le sakha eane ea khale, ba ke ke ba tseba ho tl’o tla mona, re ke ke be ra ea ho bona. E leng ho re lintho tsena li hloka e nyalanyoe le ‘maraka le tlhahiso le boji ba rona hore na re ja eng. Ha re sa e etse joalo, Mohlomphehi oa ka, re ke ke be ra tseba.
‘Na ke re Tlhahiso ena, e re qholotsa hore ha re il’o lokisang litaba tsa curriculum, re tsebe ho tseba. Ke ho re re ke re ikhire…banna, e ne eka u ka nk’hira ua tseba ke u joetse, Honourable Minister…(LITS’EHO)…ke tsebe ho tsoa ka mona, re il’o fihla re etsa tjena, Ntate Letona le team ena ea hau. Re fihle re shebe hore na ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e sebelisoang ke sechaba sena sa Basotho ‘marakeng ke eng. Joale ha re hetla re ea morao, re hetle hore na thuto eona e ka bapala karolo efe nthong eo.
Pitsa e maoto a mararo, e phehang setoto motseng, na re ka hloloa ho itlhahisetsa eona haeba re tlile ka skills tse nepahetseng kahar’a vocational? I am saying no, ba ka e etsa. Ha re sa e etse joalo, Ntate, re tla hloleha. Joale re tsebe ho tseba hore na har’a products tse hlahang kahar’a supermarket ena, ke life tseo re ka tsebang ho li etsa channel hore bana bane ha ba tloha sekolong mane, ba be le an idea ea hore na ‘marakeng ho na le eng. E tla tseba ho re thusa hore re se ke ra be re se re ntse re ba ‘maraka oa mang kapa mang.
Ha ke tsebe hore na meriri ena eo b-‘m’e ba e roetseng e etsoa ke mang. That does not mean hore e hlaha kantle, feela I can tell you hore ho ka ba le mokhoa oo bana ba Lesotho mona, technology eno ba ka tsebang ho e sebelisa. Joale ba tsebe ho li etsa tsena tsa bo-Brazillian, li lule hantle, li benye, li etse lintho tse makhethe.
Ke mpa ke hlalose feela, Bahlomphehi, hore ho hlokahalang ke ho nyalahanya lintho tse tla tsoa mona le ‘maraka ka mokhoa oo o tla be o le kateng, ebe re tseba ho e etsa joalo.
Lebaka leo ke neng ke re bane ba Foreign Affairs, Ntate, ka mona ka Temong ka mona, ke hona mane ha a romeletse batho ba hlakileng, ba tsitsitseng, ba tla tseba hore ba thehe setsoalle. Ha a fihla Denmark o il’o theha setsoalle, ha a ronngoe e le sebaka sa hae sa ho ba Ambassador kapa High Commissioner oa mono. O il’o sheba institutions tsa Agric, joale o fihla a kopanya Agric ena e Lesotho le Institute eane e Denmark, ba etsa setsoalle. Terekere ela eo u buang ka eona, bane ha ba nyolla technology ea literekere, ba be le tsena tseo ba li nts’ang joaleka li-Honda Fit tsena tseo re nang le tsona, li tla kena ‘marakeng oa hore rona re tsebe ho ‘na re ntse re etsa tlhahiso, ka litekanyetso tseo re nang le tsona.
Ka mokhoa o ts’oanang, le ba sebetsanang le liphatlo le eng, that technology e etsang hore suit e be ea boemo bo itseng ka mokhoa oo oa teng, bane ba tla tsebahore ba etse mosebetsi ono. Ke la hla ka re ke nka nako ena kaofela.
Joale lintlha tsena ke lintlha tseo ke nahanang hore he, Ntate Letona, ak’u khutle hape, u khutle le ba haeno re tl’o li nka hanyane. Li re, hore hona hoa sa, hona hoa nka, hona ho ka mona – ha li le joalo e tla ba taba ea bohlokoa haholo, ‘me taba eno e tla ba taba e bohlokoa haholo.
Ke mpa ke re, he, kannete, ‘na ke aka Tlhahiso eno, ke aka taba ena. Ha re se ka ra nyollelang lithako – lithako li se li fihlile, tsona tsena tse seng li ntse li le teng, ha re kenyeng curriculum ka hare ho tsona. Re tsoe ho eno. Eno eo u nang le eona mono, Ntate, esale morao haholo, eo eo u nang le eona TVD moo, e morao haholo hona joale. Re se re hatetse pele, re se re hatetse pele rona hona joale moo re seng re le hona teng.
Re se re batla thuto e tl’o re ruta ho etsa pipe e tl’o noesetsa jareteng ea motho ka mong. Ke eona ntho eo ke buang ka eona ha ke re ha re e’o fetohang. Ke se ke batla e tla nthusa hore ha ke fumane sekarapa na se fetoha joang hore se nthuse ho etsa tlhahiso ka sona.
Kea leboha.
HON. PROF. N. RAPAPA: Kea leboha, Mohlomphehi.
Ka’nete ke leboha ka tsela e khethehileng hore ebe ke ile ka ba le monyetla oa ho ba teng ka mona.
Ke qale le ka hore ke mpe ke bonts’e hore Letona la Lichelete ha le eo ka har’a naha hona joale, le ka ntle ho naha le Tona-Kholo. Ke lumela le eena a ka be a le teng. Joale ka ha ho se ho hlasitsoe, ehlile ho ne ho hlokahala hore le eena a be teng.
Ka’nete ke ts’ehetsa litaba tse beuoeng mona. Ehlile litaba boholo li joale ka ha li boleloa.
Sekolo hore ebe se phethahetse, ho qaloa ka hore ebe bana ba khahloa ke sona, ‘me likolo boholo tsa rona ha u li sheba li batla li se maemong a khahlang. Ekaba bolulo kapa moo ho ruteloang bana. Joale ha u fihla hona mane likolong tsa mosebetsi oa matsoho, joale u sheba thepa e sebelisoang ka har’a tsona ka mono, ke thepa ea khale haholo. Leha u sheba litaba tsa automotive u tla fumana hore thepa ha u e sheba ka mono ka lab ke ea likoloi tsane tse neng li futhumatsoa haholo khale, tse seng li sa futhumatsoe hona joale.
E leng ho re ka kakaretso ha u sheba, ke lumellana le lona Bahlomphehi, hore ‘Muso ka kakaretso o tlameha ho hlopha bocha likolo tsena o ikamahanya le liphetoho tse seng li le teng morao tjena.
Tse ling tseo bacha ba rona ba li ratang haholo ke marang-rang likolong mona. Ha u fihla likolong e ntse ele qholotso taba ea hore ba fumane marang-rang ao, e leng tse ling tsa lintho tse etsang hore bacha ba thabele ho ba tikolohong e itseng.
Ke litaba tseo re tla li sheba kaofela. Boholo ba tsona li hlile li hloka hore ‘Muso – re ntse re leka ho etsa, re tle re etse khothaletso ea hore o ke o shebe hore na o fetola Budget joang e ka bang directed towards tsona litaba tsena tseo le buileng ka tsona tsa bohlokoa.
E leng ho re ho tlameha hore ho be le moo ho tla fokotsoa teng hore re tle re tsebe ho li atamela. Ka’nete tsona ehlile ha li maemong a matle haholo.
E ‘ngoe e kholo e etsang le hore ebe treatment ea bana e ntse e phahama ka linako tse ling, ke eona eno ea hore tikoloho ha e se na lisebelisuoa sebakeng sa bana, ba ipha mabaka a mangata. Ha thepa e le teng le bosiu ba ea laboratory kapa ba ea computer science lab kapa ICT lab ho etsa mesebetsi e meng e itseng e etsang batho ba lulang ba sebetsa.
Joale ka ha ho se ho entsoe mohlala ka Sekolo sa Temo, hantle se ne se tlameha ebe se sebetsa hantle, se seholo, e bile ebe ho na le karolo ea sechaba e fepuoang ke sona ka hore ebe lihlahisoa mono b’a li fumana, haholo-holo hobane ba se ba ntse ba le ka har’a teropo.
Ke litaba tseo ‘na ke lumellanang le tsona kaofela, ‘me tseo ke tla li hlahisa ka pele ho Mohlomphehi Tona-Kholo le Lekhotla la Matona hore re ke re li shebe, hobane ke lumellana le tsona.
E ‘ ngoe e kholo ke ea hore bana ba be ka har’a class ho feta ka ntle ho class lilemong tseo ba lokelang ebe ba ka tlelaseng (class). Ke hobane e re thusa hore e re hahele sechaba sa kamoso, hobane bana ha ba se ka lihlopheng ba etsa mesebetsi e meng e ke keng ea haha sechaba sa Basotho.
Ekasitana le tsona likolo tsona tsena tseo ho buuang ka tsona mona, ha bana ba sa ee mono ba ea hosele, ka’nete ehlile ba fetoha mahlatsipa kapa le bona ba fetola sechaba sa Basotho mahlatsipa ka liketso tsa bona. Litaba tsena re tlameha re tle re li shebe ka leihlo le hlokolosi haholo – haholo bana bao ehlile boholo ke ba ka its’ebeletsang.
E ‘ngoe eo re ntseng re e etsa re le Lekala, eo mohlomong re tla eketsa, ho na le karolo e ‘ngoe ea sechaba sa Basotho e ngata haholo eo ba seng ba ithutile mosebetsi oa matsoho ka bo-bona, ‘me ba hloka feela hore ba ee mane moo ba il’o hlahlojoa, ebe ba fuoa li-certificate kapa b’a bonts’oa hore na ba haella hokae.
Taba eno re tla ke re eketse linako tsa hore ba hlahlojoe, hobane ho bonahetse tlhokahalo e joalo e kholo, ‘me re ntse re tsoela pele karolong eane ea Mokhotlong. Haufinyane re ile ra ba le eona ka mona ka Fokothi, empa re lekile hore re tle re e eketse hape nako eno, hobane sechaba sa Basotho se bonts’itse se hloka hore se ke se hlahlojoe.
Hona likolong tsena e ‘ngoe e kholo eo re ntseng re tlameha ho e khothaletsa ke ho re leha ba na le bana ba ba rutang mots’eare, ba ntse ba tlameha ba be le karolo ea sechaba se rutoang mohlomong lihora kapa tse peli mantsiboea ha ho chaisitsoe mosebetsing, ele hore motho leha a ntse a sebetsa kapa a na le mabaka, a batla ho ithuta lefapheng le itseng, hore a tsebe ho iphelisa, a be le monyetla oa ho ea mono kamor’a lihora tsa mosebetsi ele ho ea ithuta mosebetsi ono. Ke litaba tse ling tseo re tlamehang ho li sheba ka kakaretso.
E ‘ngoe e ileng ea buua mona ke Setho se Khabane, ha a ne a bua ka uniform hore bana ha ba lumelloe ho ea sekolong ha ba se na eona, mohlomong nka batla ho tseba sekolo se joalo, hobane Lesotho mona policy ke ho re ngoana a ke ke a lelekoa sekolong hobane a se na uniform kapa seeta. Ke hantle ha li le teng, empa ha li le sieo eena a le teng sekolong, o tlameha ho amoheleha a kene ka sehlopheng. Taba eo re se re lekile ho e thiba ka matla.
E ‘ngoe eo re tla tla re e phethisa mona ke leano leo re ntseng re le etsa – haholo-holo banana ba ee ba be le liqholotso tse ngata likolong mona, haholo ho tsena tse mahareng, ebe ho se ho thoe ha ba na le bana ha ba sa amohelehile likolong. Re ntse re sebetsana le taba eno hore e se ke ea etsoa joalo, hobane motho leha a ile a ba le bofokoli bono kapa bothata bono, o tlameha a ‘ne a khutlele sekolong. Leha a ka ba le ho khibela hono, a ‘ne a be sekolong ho fihlela ho ka hlokahala hore a ee hae, hobane ho mo tlosa sekolong ke ho mo bakela bothata a se a bile a ntse a na le bothata. E leng ho re re le ‘Muso re leka ka litsela tsohle ho bona hore bana ba ka har’a sekolo ho feta ka ntle.
E ‘ngoe e kholo eo ke tsebang hore e bolutu ho sechaba sa Basotho, eo re ntseng re e hlahloba le eona, ke ena ea likolo tsa mathomo. Tsela eo thuto ea Lesotho ena ea mahala – e bile molemo haholo, ‘me ke tla hlalosa ka mabaka ana a ka.
Boithuto bo bonts’itse hore bana ba neng ba le seterateng le bana ba neng ba le mahae ba sa kene sekolo ba lilemo tseno tse ka tlase ho 14 ba ne ba le bangata haholo pele thuto ena ea mahala e ba teng. Ka mor’a hore e be teng, tlhatlhobo metseng le metsaneng ke ho re ho batla ho le betere, bana ba ea sekolong le ba setseng le bo-nkhono.
Mosebetsi o moholo oo re tlamehang ho o etsa ke ka mona ka ho Litichere tsa habo rona. Re ithutile hore Litichere moo li sebetsang ele Bahlanka, ba bang ba sebetsa hantle haholo, feela u fumane sekolo ha se ka ba teng mono sa private seo le Litichere tsa teng li lefshoang ka tlaase ho ana a lefshoang ke ‘Muso, sekolo se joalo se sebetsa hantle haholo.
E leng ho re re ntse re tlameha ho bapisa tefo le ts’ebetso hore litaba tsena li tle li tsamaee hantle.
Ka ho cho tjena, ke re ka’nete re tla ts’ehetsa taba ena, re bone hore re e fetisetsa ho ba tla re thusa. Ho se ho boletsoe mona hore Lekala la Lichelete le la Trade – haholo-holo le re hokelang lipakeng mona ke lona lena la Lichelete.
Ke litaba tseo re tla li etsa hore Mohlomphehi joale ka ha a hlalositse hore lisebelisuoa ka har’a naha ena, le litlhoko tsa Basotho, lia thusa ha ho na le bana ba Basotho ba entseng litaba tseno ele hore re tsebe ho li fumana.
HON. SENATOR S.B. SEEISO: Potso.
Ke leboha Letona le Khabane ka uena, Ntate, ha le nkamohela hore ke botse potso.
Taba ea free primary education na mohlomong lipatlisisong le liphuputsong tsa Lekala la Thuto, ha hoa fihla tlhokomelong ea hore joale Leano leo as good as it was or good as it is, boitlhopho ba hore joale the ratio ea Tichere ho bana ke e ‘ngoe e etsang khatello ea hore ho be le thuto e hlileng e sa fihleleng, qii! Ka hobane ba kapelenyana ke bona bao Tichere e tla ba bona. Ba kamoraonyana ka lebaka la lipalo tse nyolohileng, haholo ka hobane ba kapelenyana ke bona bao Tichere e tla ba bona, ba ka moraonyana ka lebaka la lipalo tse nyolohileng haholo likolong tsena tse in the foot hills and mountain areas moo ‘na ke neng ke fihle physically Lesobeng mane, ke fumana moshanyana ea entseng Standard 7, a sa e pasa le ho e pasa, e le eena ea rutang Standard 1.
Na taba eo ea ratio, teacher per pupil na eona ho fihlile tlhokomelong hore na e ka hlahlojoa eaba ea leka ho tlisoa boemong bo tla etsa hore thuto ena kapa leano le be le sefutho se hlokahalang – The impact that it was intended to do?
This was not necessarily hore bana ba tlohe literateng, empa e ne e le hore bana ba be le thuto ea boleng, bokamoso ba bana bano e be bo khanyang, empa joale ts’ubuhlellano e bang teng! Mohlomong ka nako e ‘ngoe ebile_ even the physical infrastructure- likolo, classrooms ha li eo. Joale empa the ratio ena eo ke reng ka ‘nete na e be eona liphuputsong tsena tseo Ntate a buang ka tsona e be re e hatela hakae hore e mpe e tle boemong boo Tichere e ka tsebang ho laola sehlots’oana se ka tsebang ho fana ka thuto ea boleng na?
HON. MINISTER PROF. N. RAPAPA: Kea leboha, Mohlomphehi.
Kea leboha, Morena oa ka.
Ka ‘nete taba ena eo u e buang ke taba ea bohlokoa. Ha lintho li nepahetse e ba li-resource lia lumela hore Litichere li be teng, taba ena e ba taba e bobebe, hobane hantle ho amohelehile hore Tichere e le ‘ngoe e rute bana ba sa feteng mashome a mane. Ha e le joalo thuto e tsamaea hantle. Ba bile ba le ka classroom moo ho ts’ireletsehileng joale a tseba ho bua le e mong le e mong, ‘me e ba taba e ntle ha e le joalo.
Ka Lekaleng lena la rona la Thuto ha re bapisa likolo tse teng le li-resource tse teng tsa khiro ea Matichere – Ka ‘nete haele Matichere ona a teng ka ntle ka mona, ‘ona ka ‘nete a teng ehlile a mangata haholo hore re ka etsa mosebetsi. Ho latela khahello ena eo re nang le eona, re se bile re tlile ka leano la hore_ho leka ho atamela taba eo e ntseng e re hlola, re se re re feela 1 teacher to 40 students irrespective of number of grades in a school.
E leng hore sekolo ha se na le bana ba 80, se na le 1,2,3,4,5,6 and 7 u tla fumana hore ha ngata ke Matichere a mabeli kapa a mararo. Ha e le toka le ts’oanelo e tlameha hore e be each grade has its own teacher. Ha bana ba qala ba feta 40 you have 2 teachers for that particular grade. E tla be e le eona taba e tlamehang hore e phethahale.
Thupelo eo re e fang Tichere – _ ba se ba bile ba fuoa le thupelo e bitsoang multi-grade-teaching. E leng hore haeba o filoe li-classroom tse 3 e ba ke bana ba 15 ka mona, ba 10 ka mane, ba 20 ka mane, u tla fihla u ruta ka nq’ena ere ha ba na ba ntse ba etsa mosebetsi e be u il’o ruta bane, bane ha ba ntse ba araba ba etsa lipotso u nts’u ruta bana ka nq’ena. Ka nako e ‘ngoe you even teach them in one classroom; ha bana ba ntse ba etsa mosebetsi kae kae ba ntse ba utloa ha u ntse u ruta bane.
Ke dilemma eo re leng kahar’a eona eo eo e leng hore ka nako e ‘ngoe ha u le between a hard rock and the surface u se u khetha hore na u sekamele ka kae. Feela ke hore u ‘ne u leke ho atamela moo u batlang ho ea teng.
Ke lumellana le uena hore eona taba ea Pupils’ Teacher Ratio le eona e ama litaba tseno tsa thuto e phethahetseng.
Le hona tlas’a maemo ano re ntse re lebelletse hore Litichere li ‘ne li sebetse ka tsela eno ea hore ba re thuse hore re tle re fihlele moo re tla hlola litaba tsena, hobane joalo ka ha ke hlalositse mona hore ‘Muso oa Lesotho oa leka, leha o ntse o hloleha mono, feela Tichere ha e se e filoe mosebetsi e re thuse ho etsa joalo.
Ke tle ke fetele ho ena ea infrastructure, Morena oa ka. Ka ‘nete ke taba e thata. U bua ‘nete ha u re hona ka mane ka Lithabeng ho na le likarolo tseo le li-classroom li leng sieo hohang. Ha u fihla Mants’onyane, Thaba-Tseka, Mohale’s Hoek, Ketane.
Ka lehlohonolo le lenyane, e seng le leholo, Budget e fetileng mono ‘Muso oa Lesotho o fane ka chelete ea ho aha sekolo se le seng sa Primary le se le seng sa High School ,‘me likolo tse il’o ahoa ke Matlali Primary ka Senqunyane le Qacha’s Neck High School mane Qacha’s Neck.
Ke ile ka boetse ka leka maoala a ho bua le World Bank haholo ka ‘nete ka ba ka atleha, ‘me le Minister of Finance a kena lipakeng ka atleha, hobane ha ba sa na thahasello ea meaho, ‘me ka ‘nete ba ile ba amohela. Ho amoheleng kopo eno re fumane lengolo kajeno lena hore loan eno is effective from li 4, e leng kajeno. Loan eno e tl’o re thusa hore re tl’o ntlafatsa likolo tsa Primary tse lekholo le leshome le metso e mene…
[liatla].
Botle ba eona ke hore ka ‘nete e ipapisitse le li-study tse ileng tsa etsoa pele hore na likolo tse nang le mathata a maholo ke life le hore na li hokae. E leng hore ha e na moo Letona le hlileng le ka re, ke bona tlhoko mona – lehaeba le sa e bone.
Ka ‘nete ke bone e le moralo o moholo haholo, hobane ha u e sheba, ha e fihla Mohale’s Hoek boholo ba eona e tla sekamela Ketane le Hloahloeng. Ho bolutu haholo mono.
E tla boela e sekamele le likarolong tsa Semonkong; ke lumela le Makhaleng, ebe Mants’onyane, Mashai – ho ea fihla Semena. Ha e fihla Mokhotlong e tla ba Bobatsi haholo, kea kholoa le Senqu. Butha-Buthe haholo-holo e tla sekamela Motete.
E leng hore re lekile hore re ‘ne re qele, ‘me re tla ‘ne re tsoele-pele ho qela, hobane kahar’a ‘Muso oa Lesotho re batla re na le qholotso, empa tse ling re ntse re li hlopha hore ‘Muso oa Lesotho ha o etsa re-allocation li ke li shejoe ka mohau, hobane ehlile meaho likolong ha e eo.
Ke be ke etse mohlala hore ho na le sekolo Semonkong mane se bitsoang Mpati Primary School. Batsoali ba ile ba fihla mona ba bile ba kopa hore ka ‘nete ba kopa hore ho mp’o il’o koaloa kereke e helehile hukung, re mpe re bone hore na re etsa joang.
Ka ‘nete re ile ra ba ra tlameha hore re its’eche le bohlanka re bone hore na ho koaloa-koaloa joang, empa ka lehlohonolo le sona sekolo seno se bitsoang Mpati Primary School se Semonkong ha u ea Hloahloeng ,ka ‘nete se teng kahar’a moralo o tla tla o kena lekhetlo la pele hore se tle se tsebe ho thusoa leha e se e le ka li-classroom tse peli.
Likolo tseno kaofela ke tla tla ke li tlisa ka koano, Bahlomphehi, le tle le li bone. Tse salletseng morao ke leka hore ‘Muso oa Lesotho o bone hore na o ka sebetsa joang hore o atamele litaba tseno.
Litaba tsena ke litaba tseo re ntseng re leka ho bona hore ts’ireletseho ea bana e be teng, kaha likolong tse ngata ts’ireletseho ha e eo, haholo-holo ha u sheba metsi a nooang, u sheba matloana a boithuso (toilets); empa re tla leka ho bona hore re etsa joalo.
E ‘ngoe ea mesebetsi ea matsoho eo ke batlang hore qetellong re ntse re batla ho khannela hore bana ba re thusang ka lichelete tsena tseo ebileng li leng ngata hakana – re sa le puisanong le bona hore ba ke ba amohele hore tse ling tsa likolo re ke re li ahe ka bana ba rona ba ntseng ba ithuta moaho likolong tsona tsena tsa moaho tseo ‘M’e a buang ka tsona.
Ha ba ka ba re amohela ka ‘nete e tla re thusa, hobane re ntse re ba kopa hore re nke mokhahlelo o mong oa likolo re ba sebelise ba ke ba bone hore na matsoho a bona a joang, ha ba khotsofetse re tle re tsebe ho etsa ntho e kholo, ‘me ha re entse joalo tsona likolo tseno le tsona li tla pata-pataloa mono e be li se li etsa mokhoa oa lekeno ebile li ntse li fana ka koetliso ho bana, ‘me e tla be e le mosebetsi o motle.
Ka ‘nete ke ts’ehetsa litaba tsena ka hohle-hohle, Ntate Vice-Prisident le lona Bahlomphehi, ‘me re tla bona hore na re li ts’oara joang hore li tle li atlehe le likolo tsena tse bileng le liqholotso nakong eo Morena oa ka a neng a e bolela joale ‘na ke ne ke le sieo, joale ke utloa a re ke ne ke le teng – hore na li sentsoe ke bo mang ka ‘nete ke ne ke le sieo.
Kea leboha.
Oo potso e teng?
HON. SENATOR M.T. MAKHAOLA: Potso e teng.
MR. VICE-PRESIDENT: E be khuts’oanyane ha re sa na nako, Morena oa ka.
HON. SENATOR M.T. MAKHAOLA: E khuts’oanyane haholo.
MR. VICE-PRESIDENT: Ee, u se ke ua ba ua aletsa, u ee potsong straight.
HON. SENATOR M.T. MAKHAOLA: Tlhahiso ena ea ‘M’e, Mohlomphehi, ka ‘nete e kholo, e bohlokoa.
Mohlomphehi, kea kholoa potso ea ka e bakoa ke hore kea belaela hore u ne u le sieo mohla monene, ha ua utloa litaba tseo re ileng ra tlatselletsa Tlhahiso ena ka tsona, joale na, Mohlomphehi, na e ke ke ea e-ba tlotla ho uena hore nakong ea hau eo u neng u le Minister ka ‘nete Lekaleng la Thuto u tle u susumetse hore u ke u susumetse hore ho be le tlhopho-bocha, mohlomong e tla tla e thusa ho fokotsa a mang a mathata ao u ntseng u lla ka ‘ona litabeng tsa thuto.
Re boletse hore batho bohle ba tsoaloa ba na le lineo, joale lineo tseo tsa bona li sitoa ho fumanoa, hobane ha li thomehe kapa ha ho na moralo oa letho o thusang thuto hore e etse identify lineo tsa batho ka ho fapana. Taba ena e bohlokoa haholo.
Potso ke ena, hore na nakong ena ea hau e ke ke eaba tlotla hore u susumetse tlhopho-bocha joale re tsebe ho u hlahlella ka litaba tsa bohlokoa tse tla ntlafatsa thuto le ho fokotsa mathata a teng na?
HON. MIN. PROF. N. RAPAPA: Ke mpe ke mo tiisetse hore le Hansard rea tla re e kopa e tla re fa litaba tsena kaofela. Taba ena ea tlhopho-bocha ea amoheleha, kea leboha.
HON. SENATOR M. KANETSI: Ha ke e-s’o bone ntho e tjena ea litaba tse ngata hakana, kahoo kea leboha Motlatsi oa President, ke u lebohe ka likarabo tsa hau tseo u seng u re file tsona.
Ke mpe ke phuthe liqola, feela I hope ka . Joale feela ka mokhoo litaba tsena li leng telele ha ke tsebe ke qale kae.
Ke mpe ke re feela, ke qale ka e nyane and note it, hore re ile ra e etsa pele ho motion ona, ra etsa boithuto bo bonyane feela hore hantle ho etsahala joang litabeng tsena tseo re leng mona ka tsona.
Re fumane hore ho hong hoa bohlokoa ha ho sa na inspections likolong; ha li eo hohang ba re ba sitoa ho etsa inspect likolong hore na quality assurance e ntse tsamaea joang, kapa bana ba ntse ba fuoa chefo kapa eng joalokaha Honourable Mokhathali a ile a cho.
Ke taba e tla etsa hore e re susumelletse mano moo e tla re ha re il’o etsa trade test ra be re tseba na re etsa bench mark k’ang ha bana ba rutuoe kapa ba botsitsoe eng, joale ha fuoa test ea trade a tla le certificate a ka khona ho etsa mosebetsi o joalo hakae. Ehlile ha li eo, Ntate.
Ke ne ke batla ho hlokomelisa hore ena ea budget e serious haholo haeba likolo tsa mesebetsi ea matsoho li ka fuoa M500, 000 ka selemo kahar’a naha, ea 2023/2024 and then ha re kena ho 2024/2025 re eketsa ka another M500 000 feela! Ka million ka ‘nete re batla ho tiisa taba ena hore ehlile ha re serious!So, re kopa hore Lekala le ke le be serious ha le tla le lebile ka mona ka vocational training.
Ke mpe ke re re etsa appreciate hore ‘Muso ha ona chelete, feela hoa hlokahala, hee, hore ha o s’o amme hore o amohela taba ea the whole overall education system ehlile rea kopa hore li-reform tsa education li ke li be teng. Ho ile hoa hlahella hore system ena e kentsoeng, which was meant hore e tle kenye bo AS Level and other levels re tloha mane moo re etsang bo-COSC, e hanne ho sebetsa (u tla bona Hansard) ‘me re tlameha ho ba le boithuto ba hore e hanets’eng, Morena Mohale, hoban’eng ha e sa sebetse taba ena.
Ke bona e re qosa hore re il’o hetla morao re il’o phuthang liqola re boneng hore na re fositse kae, hobane ho bonahala system ena e ntse lahlela bana ba bangata ka ntle.
le ee ba bone ka liapole seterateng moo? Ke ee ke utloe ke hauhile! Ke ho re hore na u nka tsela ea Borokhoaneng kapa Thetsane, Khubetsoana ke bana feela ba tletseng ba rekisang liapole seterateng mono. Bana ba ntseng ba le bonyane ba hore ebe ba ntse ba le likolong! Ke ee ke utloe ke ts’ohile na re tl’o etsa joang. Ke bona eka re lahleheloa ke fabric ea society ka bana ba kantle ho likolo. Ha re mpeng re e nkeng ka bo serious taba ena.
Re tle ho ea Manpower Manpowerre bona e ituletse ho aba li scholarship, ‘me re hlokometse hore mosebetsi oa Manpower ke ho phutha kapa ho kopana le Private sector, (joalokaha Mohlomphehi Motsamai a buile) le li-Ministry tse hlokahalang kaofela hore na naha e shebile kae, ha na re le naha re ea kae in the next 10 years, skills tseo re tl’o li hloka ke life.? Ebe Manpower e re thusa joale e kenyeletse litaba tseo le meralo ea hore na naha ena e ea kae.
Ha ho na lebaka la hore re ile ra e bua mona feela hore ebe re na le letoto la mesebetsi kahare ho Polihali feela bana ba rona ba sitoa ho hiroa ka skills tsena tse basic tse hlahang vocational schools, hobane ha rea li tsotella ha re li etse empower, ha re li fe chelete, equipment hape ha re li etse le access, ha re fana le ka li trade test; leha ba qeta ho qeta ha ho na batho ba ba hirang.
E leng hore ka Polihali ka mane ho s’o tlala bana ba South Africa ba tlileng ka khoroana tsa matsa, hobane ba rona ba sitoa ho amoheloa, hobane ha ba na certificates and skills.
Ke kopa re ke shebe Manpower ha ho ka etsoa overhaul system ea Education. Ke litaba tsane tseo Mohlomphehi Motsamai a buileng ka tsona tseo ke sa tl’o kena ho tsona haholo, feela e tl’o re thusa hape le ka taba ea mesebetsi ena eo re bonang e haella hakana ka hare ho naha, mesebetsi eo boholo re seng re bone hore boholo ba bana ba kantle ho sekolo kapa ba se ba kena hona man kaha. likolo tseo li turu ke mokhoa ona ba ntseng ba matha kantle ka mona.
Le tsona li-vocational training tsena are too expensive, ha li affordable, empa re bona hore Manpower ha e fana ka scholarship ua tseba e itse ba sale! E re haeba nke, e nka ho tloha ha ba kena Fokothi ho ea holimo! Ka tlaase ka mona ha e ba nke. Ke hona moo e leng phiphitha e ngata ea bana eo re reng ha re ke re shebeng litaba tsena hantle hore na re ka sebetsang joang hore bana bohle ba une molemo oa taba ena ea thuto ka hare ho naha.
Ke tle ke re hape hoa hlokomeleha hore litaba tsena ha re ka li ela hloko re ka ba ra ithuta le linaheng tse ling hore na ba etsa joang hore ba etse manage litaba tsena, hobane ha re tl’o qala qalong re se re ntse re tseba.
Ke hlokometse hore ha Dr. Lebese a ne a tlatsa mona last time hore na ka model ona o kenyang li-AS o ne o nkoa kae.O nkiloe linaheng tse ling, empa mohlomong rona ho na le se re hlotseng hore re se sebelise, e leng hore ho ithuta linaheng tse ling ha se ho senya.
Re shebile litaba tsa energy – ke bone eka tsaSingapore. Rea hlokomela hore re kena kahare ho litaba tsa Mining le Metsi, eleng renewable energy, ka thata hona joale. Ba kae bana ba rona? Na re ke keng ra ba le li-course tseo re nkang bana ba il’o etsa bo-solar energy – lintho tse joalo, ba li etsa le boemong bane bo tlaase?
Ke hobane ke lintho tse ling tse ka etsahalang haeba re ikemiselitse hore bana ba il’o sebetsa ka merafong ka mane, ba sebetsane le litaba tsa metsi, hona tlaase mane ho level eane ka li-skill tse tlaase. Re se ke ra sheba feela ho tse holimo. Ke bona eka re ka etsa litaba tse nepahetseng.
Mohlomphehi, taba ena e ka re thusa ho fokotsa le litlolo tsa molao, e fokotse bana ba rona ba rekisang liapole seterateng, empa ka ho fetisisa e ka re nyollella moruo. Ho bonahetse hore hantle moruo oa Lesotho mona o ho informal sector e leng hona mane tlaase. Ebe re ka se nke monyetla ra ba phutha bana baa, ekaba ka ba li-salon kapa , ra ba fa skills tse nepahetseng hore ba tsebe ha ea pele ka bophelo, ba tsebe ho etsa contribute towards informal sector towards Mohoo oa naha.
Kea kholoa, Mohlomphehi, ke se ke tloboka feela, kaha ebile litaba tse ngata haholo.
Ke utloa ke arabela, ebile ke na le tsepo ea hore letona le re utloile, litaba tsena. Re tla il’o li nka ‘moho hafeela ekare ha a tloha feela a be a se a eketsa budget ea TVD, a etsa li-assessment, trade test, ebe o re bitsetsa Symposium re il’o sheba curriculum… Ke tsona lintho tseo re reng re ea pele ka tsona tsena, ‘me ha u ka li nka ke bona eka re tla leboha.
Rea leboha.
[liatla]
Question put and agreed to
Resolved
That this Honourable Senate exhorts the Government of Lesotho, through the Ministry of Education and Training and the Ministry of Finance and Development Planning, with the aid of the Manpower Development Secretariat, to consider putting more effort into elevating Vocational Training as one of the pillars of Lesotho’s education system
This paradigm shift would result in the following:
- Graduates who are job creators and not job seekers;
- More opportunities for job creation through acquired skills;
- Creation of micro industries that would spur economic growth, and;
- Export of skilled labour that would contribute to the economy through remittances.
Litho tse Khabane, taba ena e bolela hore Tlhahiso ena ea Honourable Kanetsi, e neng e tlatsitsoe ke Honourable Dr. Lebese, e amohetsoe ke Ntlo, ‘me re leboha haholo ka ts’ebetso e ntle ebileng matla, Litho tse Khabane.
Ke ne ke kopa hore ke fetise litsebiso tse fokolang, Litho tse Khabane. Ho bonahala hore ho na le tsebiso e ileng ea salla ka phoso mona hoseng ha ke ne ke etsa litsebiso – ea hore Komiti eane ea rona ea Government Assurance, hosane ka 9:45 a.m. e tlaba le kopano ka mona ka Ntlong ho tla ananela litaba tsa bona le Lekala la Communications. Ke ne ke re ke fetise tsebiso eno.
Taba ea bobeli, Litho tse Khabane, ke ne ke ile ka hlalosa hore ka morao ho taba ea Motion ona re tla le fa monyetla oa hore le amohele Morena oa rona oa Sehlooho oa Phamong, e leng Setho se secha sa Ntlo ea Senate, empa ka ha nako e felile ebile le ne le se le bile le nkekelelitse ka metsotso e mashome a mararo eo le eona e seng e felile, ha ke lumele hore le tla nkekeletsa hape. Ka lebaka lena ho se ntse ho bonahala hore taba ena re tla e fetisetsa hosane.
Mohlomphehi Letona le ts’episitse hore le tla tla le fa Litho tse Khabane tsa Ntlo lethathamo la likolo tseo le tla tla le li sebetsa.
Ntate Lebese ha a batle litsepiso hampe ka mona; ha ho qaloa ho etsoa tsepiso u tsebe hore o se a tlotla a u sala morao. Bahlomphehi Matona a itlhokomele ha a tla ka mona, hobane ha u qala u etsa tsepiso feela u tsebe hore komiti eno ea Honourable Senator Dr. Lebese e se e tl’o u sala morao, e il’o bona hore na litaba tseno tseo u ntseng u li ts’episa ka koano o tla li phetha.
Joale ke ne ke kopa u tle u e hopole taba eno ea tsebiso eno.
Ea bobeli, ke ea hore u itse Ntlo ea haeso ka Tafole ba tle ba u fe copy ea Hansard e le hore u tle u bone litaba tse ileng tsa buua ho tloha sethatong koana; haholo ha Honourable Senator Kanetsi a se a entse summary tsa hae.
Joale feela ho na le litaba tseo Honourable Senator Dr. Lebese a ileng a li bua ha a ne a tlatsetsa Motion ono, tse neng li bile li kenya le lipalo-palo tseo ho tlaba bohlokoa hore u li fumane, ‘me u tlabe u se u li fumana kahar’a Hansard mono.
Litho tse Khabane, litaba tsena li re fihlisa pheletsong ea mosebetsi oa Ntlo kajeno. Ntlo e tla phomola ho fihlella hosane ka 10:30 a.m.
ADJOURNMENT
There being no further Business on the Order Paper, Mr. Vice President adjourned the House without question put, pursuant to Standing Order No. 16.
House accordingly adjourned at 13:45
…
,