KINGDOM OF LESOTHO
PARLIAMENTARY DEBATES
DAILY HANSARD
OFFICIAL REPORT OF THE SENATE
6th Meeting – First Session
Eleventh Parliament
Date: Wednesday 21st August, 2024.
PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO
SENATE CHAMBER
Wednesday 21st August 2024
(MR. VICE-PRESIDENT in the Chair)
The House assembled at 10:30 a.m.
PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer
ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR
MR. VICE-PRESIDENT: Kea le lumelisa, Litho tse Khabane le lona Bahlomphehi Matona Letsatsing lena la la Boraro. Kajeno re na le litsebiso tse tharo feela, tseo ke neng ke kopa hore ke li fetisetse ho lona, Litho tse Khabane:
- Le tla hopola hore maobane re ile ra hlalosa hore kajeno ha Ntlo e phomola, Business Committee e tla ba le Tulo, ‘me kea hopola hore ke ile ka le hlalosetsa hore re se re arolelana meaho ena le National Assembly, ‘me le liofisi ho joalo feela, re arolelana liofisi le bona koano. Ka lebaka leno ha re na ho kopanela ka Ofising eane eo re tloaetseng ho kopanela ka ho eona. Re tla kopanela ka Library, haufinyane le monyako ono o moholo ka letsohong le letona ha u kena mono.
- Tsebiso ea bobeli, Litho tse Khabane, ke ea hore re tl’o ba le Lipolelo tse tl’o etsoa ke Bahlomphehi Matona a Khabane ka koano; Letona le Khabane la Bophelo, Honourable Selibe Mochoboroane, o tla tla a re etsetsa Polelo ea hae e amanang le litaba tsa bophelo. Ke buile le Mohlomphehi Letona la Machabeng, le eena o tla re etsetsa Polelo. Tafole ea haeso e ntlhaloselitse hore Mohlomphehi Letona la Litaba tsa Lehae le eena o itse o tla tla a ba teng ho tla re etsetsa Polelo.
Le tla hopola, Litho tse Khabane, hore Lipolelo tsena tse peli tsa ho qetela, e leng tse tla tla li etsoa ke Mohlomphehi Letona la Machabeng le Letona la Litaba tsa Lehae, ke tseo le ileng la li kopa maobane. Le ile la utloa hore ba entse Lipolelo ka mane, ‘me hoa nepahala hore ba tl’o li etsa le ka mona. Athe, Letona la Litaba tsa Lehae lona, le ile la re ho latela litaba tse bonahalang li ntse li le teng tsa mathata a litokomane tsa boitsebiso le eena o tla kopa hore a ke a etele ka Ntlong ka koano, a tl’o tla a etsa Polelo e hlakisang litaba tseno. Ho tla phethahala joalo kajeno, B’eng ba ka.
- Tsebiso ea boraro ea ho qetela, Litho tse Khabane, ke hore re na le kopo e tsoang IEC. Le tla hopola hore IEC e qhalile sesiu sane sa bakhethi sa nako e telele, hobane ho thoe se bonahala se se se na le maphemphe a mangata haholo, ba ke ba hloekise manane ano. Joale ba kopile hore hosane ha Ntlo e phomola, ba tla tla ba hloma tentenyana ea bona kantle ka mona, ba tl’o thusa Litho tse Khabane hore ba nchafatse litaba tsa bona, tseno tsa ngoliso. Joale re kopa hore, Litho tse Khabane, le tle le hopole ho tla le litokomane tsa lona tsa boitsebiso, e leng ID’s sebakeng sa taba eno ea ngoliso.
Litsebiso li fella hakaalo, Litho tse Khabane.
Next item, Mr. Clerk.
TABLING OF SUBORDINATE LAWS
MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Minister of Foreign Affairs.
HON. L. MPOTJOANE (MINISTER OF FOREIGN AFFAIRS): Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo. Ke ema mona ho teka Melaoana e latelang:
- -Money Laundering and Proceeds of Crime (Amendment) Regulations, 2024.
2. Financial Consumer Protection (Marketing and Advertisement) Regulations, 2024.
3. Financial Institutions (Credit Only and Deposit Taking Microfinance Institutions) (Amendment) Regulations, 2024.
4. Central Bank of Lesotho (Collective Investment Schemes) (Amendment) Regulations, 2024.
5. Financial Institutions (Licensing Requirements) (Amendment) Regulations, 2024.
6. Insurance, (Registration and Licensing Requirements for Insurers) (Amendment) Regulations, 2024.
7. Insurance (Licensing of Insurance Intermediaries)(Amendment) Regulations, 2024.
8. Central Bank- Capital Markets ( Amendment) Regulations, 2024.
9. Financial Lease (Amendment) Regulations, 2024.
10. Pension Funds Registration and Licensing (Amendment) Regulations, 2024.
11. Money Laundering (Currency Bearer Negotiatiable Instruments’ Declaration) (Amendment) 2024.
Kea leboha, Mohlomphehi.
MR. VICE-PRESIDENT. Rea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane. Melaoana ena e mengata eo Letona le Khabane le qetang ho e teka e tla fetela Komiting ea Ketsa-Molao, ea Ntlo ena e Khabane ho latela Standing Order No. 65(3).
E hlahlamang, Mr. Clerk.
Oo, Ntate Letona, ekare ho na le e meng, eo u lokelang ho e etsa table mona?
HON. L. MPOTJOANE: Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo. Ke ema mona ho teka Melaoana e latelang:
I. The International Organisations (Privileges and Immunities of Specialised Agencies) (Amendment) Regulations, 2024.
II. Fugitive Offenders Regulations, 2024.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane.
Melaoana ena e ‘meli, eo Letona le Khabane le qetang ho e teka, le eona e tla fetela Komiting e amehang, ho latela Standing Orders tse laolang Melaoana ea mofuta o joalo.
Mohlomphehi Letona le Khabane la Bophelo, re ne re kopa hore u k’u re fe Polelo ea hau, ka mokhoa oo u e hlophileng kateng.
HON. S. MOCHOBOROANE (MINISTER OF HEALTH): Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli oa Senate, Bahlomphehi Litho tse Khabane.
Lekala la Bophelo le etsa Polelo ena ho hlabela-patsana boetapele ba sechaba, ekasitana le sechaba ka kakaretso. Lekala la Bophelo le lakatsa ho arolelana le Ntlo ena ea Senate litaba tsa Phatlalatso ea seoa sa Lefu la M-Pox, e leng lefu le ileng la tsebahala nakong ea ho feta e le Monkey Pox. Le phatlatsoa e le koluoa ea ts’ohanyetso, e ka amang lichaba tsa lefats’e (Public Health Emergency of International Concern).
Mookameli-kakaretso oa Mokhatlo oa Lefats’e oa Bophelo [WHO Director-General, Tedros Adhanom Ghebreyesus], o lumellana le keletso eo a e filoeng ke Komiti ea hae ea Melaoana ea Likoluoa tsa Ts’ohanyetso tsa Mafu [INTERNATIONAL HEALTH DISASTER REGULATIONS AND EMERGENCY COMMITTEE/IHREC] a ka amang lichaba tsa lefats’e ka kakaretso, ka ho nyoloha hoa lipalo tsa batho ba angong ke Lefu lena Selemong sena sa 2024. Tulong ea pele ea Komiti ena ka la 14 Phato, 2024, sena se phethahalitsoe ho ipapisitsoe le Melaoana ea Bophelo ea Machaba (IHR 2005).
Lekala la Bophelo, le tla fumana likhothaletso tsa nakoana, tseo Mokhatlo oa Lefats’e oa Bophelo o tlang ho li phatlalatsa, e le ho itlhopha ebang lefu lena le ka ama naha ea Lesotho.
Lekala la Bophelo, le thetsane ka mahetla le Makala a mang a ‘Muso, le ile la lula, ho itlhopha, ‘me hoa ba hoa etsoa tse lateng:
- Boitlhopho ba naha ho lekola hore na naha e tlokotsing e kae, ‘me hoa fumaneha hore naha e bohareng (moderate).
- Boitlhatlhobong ho botsebi bo fapakaneng kahar’a naha, e le ho sheba boitlhopho ba naha, ebang e ka angoa ke M-Pox le ho sheba hore na naha e malala-a-laotsoe ho loants’a lefu lena ebang le ka kena ka hare ho naha, ho bonahetse naha e le malala-a-laotsoe ka linoko tse mashome a mane le metso e ts’eletseng lekholong (46%), e leng palo e ka tlase ho ea tikoloho ea Afrika (African Region) ka 52%.
- Tlhopho ea moralo oa ts’ohanyetso e le ho loants’a lefu lena o se o phethetsoe.
- Lintlha-kholo tse fapakaneng le tataiso ka lefu lena li se li entsoe le ho nehelanoa ka tsona literekeng, litsing tsa bophelo le malibohong.
- Basebetsi ba Lekala la Bophelo ba ka bang makholo a mabeli ba se ba filoe litsebo tsa mantlha ka lefu lena, e le hore ba tle ba elelloe esale ka nako le ho oka batho ba ka fumanoang ba na le lefu lena ka hare ho naha.
- Bo-mphato ba Lekala la Bophelo (Health Partners) le bona ba se ba hlokomelisitsoe ka boemo ba lefu lena kahar’a naha, ‘me selemong sena feela naha ea boahelani ea Afrika Boroa e se e tlalehile bakuli ba mashome a mabeli a metso e mene, ‘me har’a bona ba bararo ba hlokahetse. Ho fihlela hajoale naha ea Lesotho ha e-s’o be le tlaleho, kapa ‘melaelloa oa lefu la M-Pox.
Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo ea Senate, ha ke nke monyetla ona ho hlalosetsa Litho tse Khabane hakhuts’oanyane ka lefu lena:
M-Pox ke lefu le ts’oaetsanang, le bakoang ke kokoana-hloko ea Monkey Pox. Kokoana-hloko ena e tsamaisoa ke mefuta e fapaneng ea liphoofolo tse hlaha, ‘me e ka fetela ho batho ka ha e le kokoana-hloko e amang batho ka liphoofolo. M-Pox e ka fetela ho batho ho tloha liphoofolong tlas’a maemo ana:
-Ho ts’oara nama le maro a phoofolo e nang le ts’oaetso.
-Ho longoa, kapa ho ngoaptjoa ke phoofolo e nang le ts’oaetso.
-Ho ama lintho, kapa libaka tse silafetseng ke kokoana-hloko.
-Linaheng tseo ho tsona lefu la M-Pox le sa tloaelehang, batho ba ka ts’oaroa ke M-Pox habobebe ka ho kopana le motho ea seng a ntse a kula ke lefu lena. Mats’oao a M-Pox hangata a qala matsatsing a mahlano ho isa mashomeng a mabeli a motso o mong kamora’ ts’oaetso, ‘me ke a latelang:
-Mocheso o mongata.
-Hlooho e opang.
-Ho opeloa ke mesifa.
-Mokhathala.
– ‘Metso o bohloko.
-Lekhopho le ka hlahang hohle ‘meleng, ho kenyeletsa lithong tsa bots’ehali kapa tsa botona.
-Ho ruruha hoa lits’oelesa.
Batho ba nang le sesole se fokolang sa ‘mele ho its’ireletsa mafung, ba kotsing e kholo ea hoba le lefu lena le sekhahla ha ba ka ts’oaetsoa ke kokoana-hloko ea M-Pox.
Mats’oao hangata a nka libeke tse peli ho isa ho tse ‘ne, pele motho a fola, empa a ka nka nako e telele ho motho eo sesole sa hae sa ‘mele se fokolang.
Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli, potso e ka ba hore na M-Pox e ts’oaetsanoa joang ho tloha ho motho e mong ho ea ho e mong. M-Pox e ka fetisoa ho tloha ho motho e mong ho ea ho e mong ka hoba haufi, kapa ho thetsana le motho ea ts’oaelitsoeng, kapa ho ama lintho tse silafalitsoeng ke motho ea nang le ts’oaetso ea M-Pox.
Nakong ea seoa linaheng tse ngata, ho hlokomelehile hore phetisetsano ea lefu la M-Pox e jele setsi lihlopheng tsa banna ba kenang thobalanong le banna ba bang.
Se seng se hloailoeng liphuputsong, se ka behang batho tlokotsing, ke ho ba le methepa e mengata thobolanong (multiple sex concurrence partners).
Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli, potso e ka ba hore na M-Pox e ka thibeloa joang. Batho ba nang le M-Pox ba lokela ho its’etha thajana, lapeng kapa sepetlele, haeba ho hlokahala, nakong eo mats’oao a qalang, ho fihlela lekhopho le fola.
Lintho tseo u lokelang ho li etsa le tseo u sa lokelang ho li etsa, ho thibela ho ts’oaetsa ba bang:
-Lula u le mong ka phaposing ea hau, haeba ho khoneha, hlapa matsoho khafetsa ka metsi a phallang le sesepa, kapa sebelisa sanitizer, haholo pele le kamora’ ho ts’oaroa ke lekhopho.
-Roala semonkoana ka linako tsohle, ‘me u koahele makhopho ha u le ka hare ho batho bang, ho fihlela lekhopho le fola.
-Boloka letlalo le omme, ‘me le sa koaheloa, ntle le haeba u le ka phaposing le motho e mong.
-Qoba ho ama lintho tse libakeng tse arolelanoang, ‘me u hloekise libaka tse joalo khafetsa, e le ho bolaea kokoana-hloko.
-U se ke ua phunya makhopho. Sena se ka liehisa maqeba ho fola, ekasitana le ho fetisetsa lekhopho likarolong tse ling tsa ‘mele.
-U se ke ua kuta libaka tse nang le makhopho, ho fihlela le fola, ‘me u ba le letlalo le lecha. Sena se ka fetisetsa lekhopho likarolong tse ling tsa ‘mele.
Joale mona batho ba ‘ngolletseng Polelo ena ebile ba entse tlhokomeliso, ho re:
-Ho sebelisa likhohlopo (condoms) nakong ea thobalano, ho tla thusa ho fokotsa kotsi ea ts’oaetsano ea M-Pox, empa ho ke ke hoa thibela ts’oaetso e ka bakoang ke ho ama letlalo, kapa maro a motho ea kulang ka litsela tse fapaneng.
Potso e ka ba hore na kalafo ea M-Pox ke efe? Lefu la M-Pox le alafuoa ho latela mats’oao ao motho a nang le ‘ona le sekhlahla sa lefu ho motho ka mong. Mosebeletsi oa tsa Bophelo bo botle ke eena ea tla khetha mofuta oa kalafo le litlhare tseo a tla li sebelisa:
-U lokela ho etsa’ng haeba u belaela hore uena, kapa motho e mong ea haufi le uena u na le M-Pox?
-Etela setsi sa bophelo se haufi hang-hang ha u bona mats’oao a boletsoeng kaholimo, moo u tla hlahlojoa ke basebetsi ba Lekala la Bophelo, e le ho netefatsa hore na ehlile ke lefu la M-Pox, kapa ke mafu a mang a ts’oanang le M-Pox.
Lekala la Bophelo le hlokomelisa sechaba hore batho ba etelang linaha tse anngoeng ke M-Pox, ba be hlokolosi le ho ela hloko litaba tseo basebetsi ba Lekala ba ntseng ba ba hlokomelisa ka tsona, mabapi le lefu lena, le ka mekhoa ea boits’ireletso. Lekala le tla boela le ts’oara phutheho le bo-mphato oa bona ts’ebetsong Afrika Boroa ho hlopha mekhoa ea boits’ireletso, sebakeng sa baahi ba linaha tsena tse peli ka lefu lena.
Ha re hopoleng hore ho ipaballa ho molemo ho feta setlhare.
Kea leboha.
KHOTSO!! PULA!!! NALA!!!!
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Letona le Khabane la Bophelo.
Litho tse Khabane, re kopa hore joale ka ha e le tloaelo, ho latela Standing Order No. 27, le tle le botse lipotso tse khuts’oanyane, tse hlokang tlhakiso feela. Le na le metsotso e mashome a mararo, empa ha ho hlokahale hore le e sebelise e le joalo, le ka ‘na la nka le e ka tlaase ho moo.
HON. SENATOR R.P.L. PEETE: Kea leboha, Ntate.
Ke thoholetsa Letona le Khabane ka Puo ena e re bulang mahlo hore re itekole moo re ntseng re tsamaea teng molemong oa bophelo bo botle.
Ke nka le monyetla ona ho hlompha Matona a ‘Muso oa Motlotlehi a teng kajeno a tlang ka seoelo, empa he, rea thaba ha re a bona, Ntate.
Potso ea ka e hlokang tlhakisetso ke ho re ke utloile hantle ha Letona le bua ka ‘monna hore monneng’ e kotsi, haholo ha ho buua ka lefu lena. Ke rata ho utloisisa – rea tseba hore roughly re nka population ea Lesotho e le +/- two million. Joale ke rata ho utloisisa hore na haeba Letona le ka ba le leseli, mohlomong e tla ba potso eo Letona le tla re e broad haholo e tla batla hore ho e’o etsoa boithuto.
Ke re na baa ba ‘monna – monneng’ roughly e ka ba ba bakae ka hare ho rona? Che, ke hobane ‘na haeso Mats’ekheng ha ke e-s’o ba bone, feela e ka ‘na eaba ba teng, ebe b’a ipata, ha ke ba tsebe. Molemong oa hore re tsebe re hakae, na batho baa re na le bona moo Lesotho, haeba ba teng ho population ee ea rona, ba bakae, re tsebe ho ba qoba? Ke hobane ho thoe ke bona ba kotsi ka ho fetisa ts’oaetso ena, re hle re ba qobe!
HON. S. MOCHOBOROANE: Kea leboha, Morena oa ka.
Ka’nete ntho eo ke e lebohang ke ea hore teng ‘nete ua ananela hore kahar’a lihlopha tsa sechaba sa Basotho le lichabeng tse ling, ehlile ho na le mofuta oa banna ba nang le likamano tsa lerato le banna ba bang. Ke ananela taba eno ea hore ua lumela hore e teng, re tlameha ho ikamohela.
Potsong ea Setho se Khabane ea hore na ke palo e kae ea bona kahar’a population ea naha ea Lesotho, ke ne ke kopa hore Morena a ke a mphe monyetla oa hore re ke re etse liphuputso ka eona. Bahlanka ba Lekala la haeso ke bane, ke na le Dr. Ranyali le Dr. Maama ba se ba ntse ba utloa hore re tlameha ho ea etsa research ele ho fumana hore na kahar’a population ea rona na re na le palo e kae ea ‘monna – monneng’.
HON. SENATOR M. T. MAKHAOLA: Kea leboha, Ntate.
Ke mametse Letona ha le ntse le bua ka lefu lena. Letona le itse boitlhopho bo hatetse pele. Ke utloa eka the seriousness or the urgency ea tsela eo Letona le re fang ka eona hore ehlile lefu lena le tla ka mathata- ke bona ka leihlo la moea another lock-down. Joale ke batla ho utloa hore na boitlhopho ebe bo se bo le hakae le hore na bo ama tlhaloso eo Letona le qetang ho re fa eona?
Ka ‘na ka’nete ka tlhaloso eo Letona le qetang ho e etsa ke utloa eka ehlile ho hlokahala litsi tse khethehileng moo re tla phuthehela haeba ho ka etsahala hore kamoso re ka ba le lefu lena. Joale ke re na litsi tse joalo li teng na?
Haeba ke re ka leihlo la moea ke bona another lock-down na joale ebe Basotho ha re rata maeto hakana, joale re ea bo-Europe le linaheng tse ling, ebile nako e ‘ngoe ho sa hlokahale ele hobane feela re batla per diem, joale ke re na ha re tlokotsing ea ho tla re fumane M-pox?
A mang ke maeto a bohlokoa, a mang ke maeto feela hore re push-e agenda ea rona. Mohlomphehi, ke re na teng restriction ea maeto e tla ba teng a mesebetsi, joale na ho tla shejoa hakae hore na a bohlokoa hakae?
MR. VICE-PRESIDENT: Setho se Khabane, u se ke ua lelekela nako e telele haholo, u ee potsong ka kotloloho, hobane joale ho na le Lipolelo tse ngata tse tl’o etsoa. Re sa setse ka Lipolelo tse peli tse tlang.
HON. SENATOR M. T. MAKHAOLA: Ke bona another lock-down, Mohlomphehi. Na ebe Letona le Khabane le ka re’ng ka taba eo?
MR. VICE-PRESIDENT: Letona le Khabane, ke kopa hore re nke Morena oa Thaba-Bosiu le Honourable Senator M. Monatsi, joale re tle re tsebe ho fetela ho Polelo e hlahlamang, u tle u be u se u li araba ‘moho.
HON. SENATOR K.L.K. THEKO: Potso ea ka e ntse e ts’oana le ea Morena oa ka oa Melele ka hore na ebe khoelehetso ea lefats’e kaofela mohlomong ka Mokhatlo o mona o bitsoang WHO, na ebe e ntse e re’ng malebana le eona taba ea maeto ho li-airport, bo lihoteleng, joalo-joalo? Na ebe le na le any measures that have warnings of a principal health person ea ka tsebang ho re thusa hore re be hlokolosi ha re nka maeto?
Ha ke ea South Africa airport mono ebe lintho tse ka sebelisoang li teng litseleng hore re qobe – le ka matloaneng a sechaba, joalo-joalo? Na such measures are being taken kapa Letona le mpa le re hlokomelisa hobane le bone litabeng kapa ehlile ho se ho na le a warning from WHO directly to you as a Minister of Health na?
HON. SENATOR S.H. MONATSI: Kea leboha, Ntate le Letona le Khabane la Bophelo.
Lipotso tsa ka, joaloka motho e mokhuts’oanyane, li khuts’oanyane. Ke ho re na ha e le mona boemo bona ebile bo hlaha – ka South Africa lefu le se le le teng, le bakuoeng ke bohloko bona. Na ebe ha e le mona rona ba Malingoaneng ho na le mosebetsi o moholo ka mane, na le hlophile joang le Letona la ka mane, marokhong mona? Batho bane ba ts’elang ka mane ba ntseng ba isa lithepa, na ba se ba ntse ba hlahlojoa, haeba ho lokela hore ba entoe? Na le shebile ntlha eo joang, Letona le Khabane?
HON. SENATOR M.S. MAAMA: Kea leboha, Ntate.
Ke kopa Letona le ke le re thuse, ke utloile eka – haeba ke le utloile hantle, le re ekare kokoana-hloko ena e tloha liphoofolong, empa joale Letona ha lea pharalla hore na liphoofolo tseo re tlamehang re li hlokomele haholo-holo kahar’a tse ling na ke tsa mofuta ofe, molemong oa balisana ba rona?
HON. S. MOCHOBOROANE: Kea leboha, Mohlomphehi. Ke kopa tumello feela ea hore ke mpe ke arabele ke tloha moo lipotso li neng li fella teng, ke tla qetella moo lipotso li qalileng hona teng, ha u ntumella, Mohlomphehi.
Ke qale ka potso ea Morena oa ka oa Ha Maama. Polelong ea ka ke hlalositse hore tlhaloso ke ho re ke liphoofolo tse hlaha tseo ho bonahalang ts’oaetso e tloha liphoofolong e ea ho batho kapa e ka tloha ho batho ho ea liphoofolong.
Rona kahar’a naha ha re na liphoofolo tse hlaha. Empa ehlile moo ho leng hobe haholo, e leng naheng ea Democratic Republic of Congo, ke liphoofolong tse hlaha, ‘me kea belaela hore Morena oa ka oa Thaba-Bosiu o se a ntse a cho hore ba ja lits’oene, ba ja’ng le eng, empa rona re batla re le hole le tsona.
Ho rona mona ts’oaetso e feta habobebe joale ka ha ke hlalositse, ho tloha ho motho e mong ho ea ho e mong. Ho thetsa lintho tse ileng tsa silafatsoa ke motho ea nang le M-pox. Motho ea nang le ts’oaetso ena ho ba le karolelano ea likobo le ea se nang eona, ea feta. Ho hlalositsoe hore athe ho batho ba bo-ntate ho bo-ntate ba bang liphuputso li supa lipalo li le holimo haholo.
Ke arabele Setho se Khabane Hon. Monatsi. Ka’nete ehlile ngongoreho ea hae ke ho re ho se ho na le litlaleho tse teng ho baahelani ba rona ba Afrika Boroa, ‘me joale re na le lipalo tsa batho ba phelang ka Afrika Boroa, ba tla Lesotho mona, ba phelang Afrika Boroa ba sebetsa ka mane ka merafong le ka Letamong la Polihali. Na boits’ireletso ke ba mofuta ofe, boitlhopho ke ba mofuta ofe.
Mohlomong potso ena e ka ‘na eaba ke tla fumana ke se ke e arabetse, leha ke ntse ke ea pele. Hoseng hona Bookameli ba Lekala la Bophelo bo ne bo na le phutheho le metsoalle ea Lekala, ‘me ho kenyeletsoa le boemeli ba Mokhatlo oa Lefats’e oa Bophelo, ele ho fana ka tataiso le boitlhopho le ho hlahloba hore na mofuta oa thepa oo re o hlokang, oo ebang o ntse o le sieo ho li-laboratory tsa rona ke ofe, joale re tsebe ho o atametsa.
Ehlile re se re le malala-a-laotsoe, Mohlomphehi, hore ha ho na le pelaelo, tlhahlobo e etsoe. Ha ho na ho hlahlobuoa motho e mong le e mong, empa e tla ba moo ho nang le pelaelo ea hore e ka nna eaba mats’oao a mang a bonahalang ke a M-pox.
Morena oa ka oa Thaba-Bosiukea belaela hore e ka ‘na eaba ke se ke arabile potso ea hae. Ke etsa Polelo ena ke ipapisitse le Polelo e ileng ea nts’oa ke Mokhatlo oa Bophelo oa Lefats’e ka Director General e leng Dr. Thedrose, joale ba fana ka tataiso ele Mokhatlo oa Lefats’e oa Bophelo hore na re le linaha ka Makala a Bophelo re atamele taba ena joang. Re ntse re boetse re lebelletse hape – ho na le tataiso e tla tsoa haufinyane eo ba re fang eona.
E leng ho re ka bokhuts’oanyane, ehlile re ntse re tsamaea ka tataiso ea Mokhatlo oa Bophelo oa Lefats’e.
Morena oa ka oa oa Melele o ne a hlile a sisitse haholo. Potso ea hae ea pele o ne a re na boitlhopho ke ba mofuta ofe. Ke belaela hore o hopola moo re tlohang teng ka Covid-19, ebile o re hei, lock-down e ka ‘na eaba ea nkha mona, hantle re ntse re itlhopha joang.
‘Nete e teng ke ea hore e ka ‘na eaba ehlile e bile boithuto bo botle ka Covid-19 hore le liphoso tseo e ka ‘nang eaba re ile ra li etsa ka nako eo, re se ke be ra li etsa ka nako ena ea M-pox.
Ha u ka hopola nakong e fetileng, le pele feela re ba le case Lesotho mona, e ile eaba ho se ho ntse ho koalloa batho, ho ba le lock-down. Athe litsebi lia hlalosa hore ho lokela ho be le li-case tse bang teng, joale le be boemong boo u ka reng seoa se se se le teng, hoo le ka tsebang hore joale le thibele batho hore ba tsamaee, esere la thibela batho ho tsamaea, la thibela batho ho etsa mesebetsi, feela eaba qetellong ka nako e ‘ngoe ha ho tl’o ba le letho.
Ho hlokahalang feela ke hore ebe sehlopha se lokisitsoeng ho ba malala-a-laotsoe hore se behe tsebe fats’e, se be tsebe-thoethoe, ha ho qala ho ba le mokhoathatsa feela, ho potlakoe ho bonoe hore ho etsoa litlhatlhobo.
Ke etse mohlala, nakong ea ho feta mona, ke khoeling e fetileng re ile ra hlabeloa patsana, re ne re na le bana ba sekolo ba neng ba etetse Durban koana, eaba re hlabeloa patsana hore ho belaeloa hore e ka ‘na eaba ho na le mats’oao a M-pox kahar’a bana bano, hobane ho ne ho thoe sebaka seo ba neng ba ile ho sona se anngoe ke M-pox, hobane ba ne ba hlaha lehlakoreng lane la Kwa-Zulu Natal.
Eitse ha ba fihla ka borokhong, ka hora ea bone hoseng, ‘Musi oa Setereke sa Maseru ‘moho le lingaka tsa Maseru mona le basebetsi, ba ne ba se ba ntse ba le ka borokhong ka mono ho etsoa litlhatlhobo. Ha rea ka ra fumana leha ese ele suspect e le ‘ngoe.
Hoseng hoa kajeno ke etsetsoa molaetsa ke motho ea reng sekolong se seng Maseru mona ho na le case. Ka letsetsa Mookameli oa Sekolo, eena a bonts’a hore ha ho na ntho e joalo.
E leng ho re ehlile mona moo re leng hona teng, we are alert. Ho tla etsa Polelo ena ke ho re Baetapele ba sechaba ka mokhoa o ts’oanang le bona ba be boemong ba hore ha ba ka bona ntho e ba belaetsang ba tlalehele setsi se haufinyane sa bophelo, ba tlalehele Bookameli ba Lekala la Bophelo, ba tlalehele Letona la Bophelo hore, hee, ha re ts’oarisaneng, ntho ena pele e re tsoela taolong.
Ke belaela hore Morena oa ka oa Qacha, ke ho re ke mo arabetse lipotsong tsena tsa hae kaofela.
Morena oa ka oa Mats’ekha ke ne ke se ke ile ka qala ka eena.
Kea leboha, Mookameli, ke belaela hore ke arabile. Ke mpa ke imeloa ke ena ea hore ho thoe ke hlakole karabo ena.
MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Letona le Khabane la Bophelo. Ke kopa hore re fetele Polelong ea Letona la Machabeng.
Letona le Khabane, maobane ha Litho tse Khabane li kopa Setulo hore u ke u tl’o ba teng, u ba etsetse Polelo ka mona, ke ile ka bua taba e ‘ngoe ea hore ha u tla, (leha ke lebetse ho u joetsa eona nakong eo ke ntse ke bua le uena) e ne eka u ka re thusa ka e ‘ngoe – ha ke tsebe hore na ke ea hau kapa ke ea Letona la Litaba tsa Lehae, hore ho na le Mohlomphehi ea ntseng a iphatlalatsa ele Morena e Moholo oa Basotho Afrika Boroa.
Ha re na bothata le taba eno, feela moo bothata bo leng teng ke mona moo ho thoeng Basotho ba lefe chelete e itseng hore ba fumane litokomane tsa boitsebiso hore, ache, ha e tla mono, ha re na bothata ba litaba tsa Borena, empa joale mono ke bona eka ‘Muso o ts’oanela ho itlhakisa kapa o hlake hore na Basotho ba sireletsehile, ho se ke hoa fumaneha hore lichelete tsa bona li tl’o oelella.
Tsoela pele, Letona le Khabane.
HON. MIN. L. MPOTJOANE (MINISTER OF FOREIGN AFFAIRS): Kea leboha, Mohlomphehi.
Ke kopa ha u ntumella, Ntate, ke hle ke mpe ke qale ka eona ena eo u qetellang ka eona, leha ka eona ka bomali-mabe ke ne ke sa ngola Polelo, empa ke taba eo nka thusang Ntlo hanyenyane hore na re se re entse’ng ka taba e joalo.
Re ile ra fumana ngongoreho ea sechaba sa Basotho ba phelang Afrika Boroa hore joale motho ke eo le bao a sebetsang le bona, o ba ela ka liphalana, o ipitsa Morena e Moholo. Joale o na le tokomane e bileng e nang le banking details moo ho thoeng Basotho ba ka ratang hore ba se ke ba saloa morao ha ba le naheng eo ba lefe chelete e itseng, ‘me ba tla fuoa litokomane tse tla ba lumella ho phela moo.
Re ile ra hlahloba litaba tseo re le Lekala la tsa Machabeng, re thusana le naha eo ea Afrika Boroa ka ‘Muso oa eona hore re shebe litaba tseo. Kapele haholo re ile ra lemoha hore ho na le bo-qilo-maqethoha ba ratang hore ba itjelle lichelete tsa sechaba.
Ho na le karolo ea Basotho ba neng ba se ba ile ba akhela lichelete kahar’a account eo, joale ba seng ba bile ba batla thuso hore na ba ka thusoa joang hore ba fumane litokomane tseo tsa bona. Boholo ba bona ha ba tla Lekaleng la haeso re ne re se re ba hlokomelisa feela hore mona ba etsoe ka liphalana ke batho ba se nang tokelo ea ho etsa joalo. Ka bomali-mabe re le naha re ne re sitoa ho ba thusa hore lichelete tseo tsa bona li khutle.
Re ile ra nts’a Polelo re le Lekala la tsa Machabeng re tsebisa Basotho bohle ba ka bang tlokotsing ea taba ena hore ba lemohe, ‘me bao ebang ha ba s’o lefe lichelete tsa bona ho batho bao, ba se ke be ba etsa joalo. Ka lehlohonolo, Ntate, re ile ra iphumana re atlehile ho thibela ba neng ba s’o atlehe ho kenya lichelete tsa bona.
Bao ba ntseng ba etsa mosebetsi oo ha ba lemoha hore re se re thibile taba eo, joale ba lekile hore ba tle ka Lekaleng ba batla ho re memela li-ea-le-moeeng hore rona le bona re e’o pheha khang ea litaba tsena tsa bona hore ke ‘nete kapa ha se ‘nete na.
Ke iphumane ke huleloa li-ea-le-moeeng, ke huleloa ho marang-rang hore ke e’o pheha khang le batho bao ka litaba tseno tsa bona, ‘me ka’nete ha nka ba ka atleha hore ke be karolo ea litaba tseo tsa bona.
Ho fihlela hona joale, Ntate le Litho tse Khabane, nka re ho lona taba eo e batla e ile meriting ka hore re hlokomelisitse Basotho ba neng ba ka kena molekong, empa beng ba eona bona e ka ‘na eaba ba ntse ba le mothating oa hore ba ‘ne ba e nts’etse pele. E tla ba hantle hore re kopane le Lekala la Tsa Lehae joale re thusane, re sebetsane le taba ena.
Se tlang kapelenyana ka kelellong ke ho re botloli ba molao bo bongata haholo kahar’a taba eno, ‘me re lokela re sireletse Basotho khahlanong le botloli bono ba molao bo bonahalang bo le teng.
Ke kopa hore taba eno ke e sihe hakaalo, Ntate, hore ka lehlohonolo re atlehile ho thibela Basotho ba e-s’o kene esita le ho hlokomelisa beng ba taba ena hore ba ntse ba etsa phoso. Ke ka hona ho bonahalang joale ba se ba le mothating oa hore joale ba tle ka Pusong, hore joale ba qholotse likhang hore efela ba ntse ba etsa litaba tseo ba ntseng ba li etsa ka molao.
Ke kopa ha u ntumella, Ntate, ke kene Polelong eo ke tl’o e etsetsa Ntlo ena e Khabane…
HON. SENATOR K.L.K. THEKO: Point of Order, Mohlomphehi.
Na it would be orderly hore Letona le be le se le fetela Polelong ea lona?
Ka’nete re ne re rata hore re ke re utloe tlhaloso ea Letona haholoanyane tabeng ena eo le qetang ho e beha. Ha ke tsebe haeba hoa lumelleha, Ntate? Kapa u ne u re Letona le hle le li nke li le peli na?
E tl’o re ferekanya hobane ho na le lipotso tse very pertinent tseo re neng re rata hore re li behe ho Letona re be re le hlokomelise.
MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, ka Ntlha eo ea Tsamaiso. Ke ne ke nahana hore re mpe re tlohelle Letona le hle le etse Polelo ea lona, re tle be re se re botsa Letona litaba tseno kaofela ele litaba tse hlahang tlas’a litaba tseo le li buileng.
HON. L. MPOTJOANE: Kea leboha, Mohlomphehi le Litho tse Khabane.
Ke ne ke le mothating oo ke bonts’ang hore mona ke tl’o beha Polelo ka pele ho Ntlo ena e Khabane mabapi le liketsahalo tsa morao-rao tse bonahalang li ntse li etsahala khahlanong le Basotho ba phelang naheng ea boahelani ea Afrika Boroa.
Re le ‘Muso oa Lesotho ka Lekala la haeso la Tsa Machabeng, re ts’oenyehile haholo ke litlaleho le liketso tsa litlhoriso tseo li ntseng li etsetsoa Basotho naheng ea boahisane ea Afrika Boroa, haholo-holo moo re ileng ra bona mona Province Free State toropog ena ea Bloemfontein.
Ka ho otloloha ke rata ho bua ka litaba tseo ho bonahetseng li hlahella ho a mang a mapatlelo a marang-rang, moo teng ho neng ho hlahella ha Sepolesa sa naha ea Afrika Boroa se ntse se phalalisa Basotho ba iphelisang ka ho rekisa meroho le litholoana mapatlelong a toropo eo ea Bloemfontein.
Litabeng tsena tse mali-mabe ho ile hoa fumaneha hore li etsahala ka ho khetholoha toropong eo ea Bloemfontein.
Ha litaba tsena li se li hlokomelehile, ntlo ea haeso ea Bonqosa ba naha ea Lesotho naheng eo ea Afrika Boroa e ile ea titima ho fumana bo-nnete ba litaba tsena le hore na tsena tsohle li tsoala ke eng, ‘me ka mor’a ho kopana le sepolesa sa Magaung litlaleho li supa ka tsela e latelang;
- Hore ho bile le lets’olo (operation) la sepolesa toropong eo ea Magaung.
- Taba ea bobeli ke hore lets’olo lena e ne e se le tobileng Basotho feela, empa le matsoa-ntle ohle ho hlahloba hore na ba ka hare ho naha eo ka Molao kapa che.
- Sepheo e ne e le ho fuputsa hore na batho bao ba rekisang mapatlelong a toropo eo ea Magaung na ba etsa joalo ka thoko ho Molao kapa che.
- Ha Sepolesa se etsa liphuputso tseo, ho fumanehile hore sepolesa se ile sa fumana hore ba bang ba batho ba rekisang mapatlelong a toropo ea Magaung ba kenyelletsa le Basotho ba Lesotho, ‘me Basotho bao ha ba na lipolomiti tse ba lumellang ho lula naheng ea Afrika Boroa.
- Taba e ‘ngoe ke hore ba rekisa mapatlelong a toropo ba se na lipolomoti tsa ho etsa joalo ho tsoa ho Lekhotla la toropo, ho latela Molao.
- Ba bang lipolomiti tsa ho rekisa li teng empa ha lia ngolisoa ka mabitso a bao ba ntseng ba rekisa.
- Ho na le bao ba ileng ba siea thepa ea bona ba baleha ha ba bona sepolesa, ‘me pelaelo ke hore ba ne ba tseba hore ha ba na lipolomiti.
- Ba nang le lipolomiti ba ile ba itsoella-pele ka mosebetsi oa bona.
Re boetse hape re ile ra fumana tlaleho ea ho thunngoa ha batho ntlong ea mothamahane toropong ea Kanana, Orkney Province ea North West ka la mashome a mabeli e metso e ts’eletseng khoeling ea Phupu selemong sena se holimo.Ketsahalong eo ho ne ho ameha batho ba mashome a mabeli a motso o mong bao kaofela e leng matsoalloa a naha eo ea Afrika Boroa, moo ba supileng ba bona ba ileng ba hlokahalla sebakeng sa ketsahalo ha ba babeli ba ile ba hlokahalla ntlong ea kokelo.
Baetsi ba ketso ena ea ho thunya ba ile ba ts’oaroa ke Sepolesa. Ka masoabi ho tlalehoa ha ba supileng e le matsoalloa a naha ea habo rona ea Lesotho ebile ba e-na le litokomane tsa boitsebiso ba naha ea habo rona ea Lesotho.
Sepolesa se ile sa tsoela-pele ka lipatlisiso, ‘me sa boela sa fumana lithunya le mahlaahlela moo e mong oa babelaelloa a lulang teng.
Ho sa le joalo, Lekala la haeso la tsa Machabeng ka morao ho ketsahalo eo le boetse le ile la hlokomela ka ho ts’oenyeha ho hoholo le ho nyaroha ka khatiso ea video ho amang a mapatlelo a marang-rang moo teng ho neng ho hlahella phutheho e ts’oeroeng ho na sebakeng seo sa Kanana, Orkney.
Ke hona phuthehong eo e joalo moo teng ea neng a bua a neng a hlohlolletsa ka lipuo tsa hae hore Basotho ba nkoe e le lira kapa tsona litloko-tsebe.
Le hona ketsahalong ena ntlo ea habo rona ea boemeli e ile ea potlaka ho atamela Sepolesa sa hona moo Orkney ho makalla le ho tlaleha ketsahalo e joalo ea ho hlohlelletsa litlolo tsa Molao le lehloeo khahlanong le matsoalla a naha ea habo rona ea Lesotho.
Re sa ntse re emetse tlaleho e felletseng ea Sepolesa malebana le ketsahalo ena. Tlhokomeliso e boetse e entsoe ho ‘Muso oa Afrika Boroa ka Lekala la bona la litaba tsa Machabeng ho kena lipakeng tabeng e joalo.
Ke hle ke mpe ke tlalehe, Bahlomphehi, hore ke bile le puisano ka mohala le Letona la tsa Machabeng hang-hang ka mor’a ho bona video e joaloke etsa tlhokomeliso ho eena hore na e be litaba tseo ke taelo ea ‘Muso kapa che, empa eo o ntiiselitse hore ha se taelo ea ‘Muso oa habo.
Bahlomphehi Litho tse Khabane, Mohlomphehi Vice-President, ke qetella Polelo ena ea ka ka ho totobala hore ‘Muso oa Lesotho o kene lipuisanong tse matla tseo e seng e le nako joale li tsoela-pele le ‘Muso oa Afrika Boroa e le ho fumana hore na liqholotso tse tobileng Basotho ba phelang naheng ea Afrika Boroa e be li ka atameloa joang hore re li hlole.
‘Muso oa Lesotho o na le ts’epo e sa thekeseleng hore linaha tsena tse peli li tla fumana tharollo ea moshoelella ka litaba tsa bojaki ha ho phetheloa moralo o mocha oa bojaki isao ka ‘Mesa (May, 2025), moo re tl’o sheba ka botlalo litaba tsa motsamao lipakeng tsa linaha tsena tse peli e le ho nolofaletsa Basotho esitana le Maafrika Boroa ho phela linaheng tsena tsa habo bona.
Ha ke qetella Polelo ena ke kopa ho etsa boipiletso bo khethehileng ho ba habo rona hore re leke ka litsela tsohle ho nena litlolo tsa Molao naheng ea Afrika Boroa. Re ikobele Molao oa Bojaki oa naha eo, ‘me re phelisane le ho lula ka khotso le baahi ba naha eo.
Naha ea habo rona ea Lesotho le naha ea Afrika Boroa li na le setsoalle le boahisane bo mofuthu ba nako e telele. Re bana ba thari ho tloha Baholo-holong ba rona ho fihlela kajeno. Re bana ba monna, re bana ba mali, re ahisane re bile rea hoebisana letsatsi le letsatsi.
Naha ea Lesotho e ile ea arolelana seshoai le matsoalloa a Afrika Boroa nakong e thata ea tlhoba boroko, nakong e thata ea ‘Muso oa aparateiti. Re ile ra thetsana ka mahetla ho loants’a puso ea khethollo ea batho ba bats’o ke Makhooa le Maburu, ‘me re tla hopola Litho tse Khabane, hore ho bile ho na le Ma-Afrika Boroa a ileng a bolaeloa kahar’a naha ena hammoho le Basotho ka nako eo.
Bothateng bo teng bona ba liqhoebeshano boo khubu ea bona e leng tsekisano ea moruo, mesebetsi le khoebisano, re ipiletsa ho bana bao babo rona ba thari ho ba le mamello le mamellano ha Mebuso ena e ‘meli e ntse lokisa litaba tsena tsa phelisano le bojaki.
Maobane, Bahlomphehi litho tse Khabane, ke ile ka bua le lenqosa la naha ea Afrika Boroa ea mona Lesotho e le ho beha ngongoreho ea ‘Muso oa Lesotho ka tlhoriso ea Basotho ba phelang naheng eo ea Afrika Boroa, ‘me ke ile ka totobatsa hape hore ‘Muso oa Lesotho ha u lumellane le botloko-tsebe le litlolo tsa Molao tse etsoang ke Basotho ba le Lesotho kapa ba le ka ntle ho Lesotho.
Re lumelae hore Matona a habo rona a tsa Lehae le Sepolesa linaheng tsena tse peli a hloka kopano kapele-pele ho lokisa le ho shebisana ka maano a tla re thusa ho rarolla litaba tsena kaha re tla hopola hore ‘Muso oa Afrika Boroa o sa tsoa khutla likhethong, ‘me o na le Matona a macha.
Ke phethela Polelo ena, Litho tsa haeso tse Khabane, ka ho supa hore tharollo ea moshoelella ke ha re sebetsa ka thata re le sechaba le ‘Muso oa Lesotho ho theha mesebetsi le ho holisa moruo hore Basotho ba khutlele hae ba tl’o kenya letsoho ho tl’o holisa moruo oa habo bona le ho fetola tsoelo-pele ea naha ea habo bona.
Kea leboha, Mohlomphehi Vice-Presidentle Litho tse Khabane.
(LIATLA)
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane. U ile ua ba ua nkhopotsa Ntate Mosisili ha u re u a qetela, ua phethela ebile ua thetha (laughter).
Rea leboha ka ‘nete.
Litho tse Khabane, ke kopa hore feela pele ke le fa monyetla… (ke u bone Morena oa ka oa Thaba-Bosiu, ke tla qala ka uena). Ke ne ke re ke mpe ke hlalose feela hore Mohlomphehi Letona ke buile le eena a se a ntse a le ka mona, kaha ke ne ke ile ka etsa molaetsa oa hore a itokisetse ho tla etsa Polelo ka koano ke o etsetsa Ntate Ramoeletsi, empa joale ha ke kopana le eena hoseng mona ke ha ke fumana hore o ne a s’a fumana litaba tseno, e leng hore ha a na tseba ho ba le likopi, kahoo ke kopa a tle a re lokisetse tsona Litho tse Khabane li tle li fumane likopi ha morao.
Ke ne ke re ke hlakise eona taba eno.
HON. SENATOR K.L.K. THEKO: Mohlomphehi, ‘na ke ne ke re ekaba Letona ka hobane le entse Polelo ena maobane ka Ntlo ea Bakhethoa, mohlomong o se a ntse a e-na le likopi a ka re fe, hobane litaba tsena tseo a li behileng ke tsa bohlokoa haholo hore re tle mo nke hore a tle a arabe ho latela seo a se ngotseng?
Hajoale tjena motho u n’u ka rata ho tseba hore na tabeng ena ea motho eno ea ntseng a ipitsa Morena e moholo ha a bolela, h a a bua le oa-mphato oa hae na e be karabo e bile hore ho tla nkoa mehato efe?
Taba ena, Honourable Ministerka uena Mohlomphehi, e thata hobane joale batho ba desperate ka lebaka la eona telekiso. E leng hore litaba tsena lia amana. Motho eno ea ipitsang Morena e Moholo ke fumana ntho e ngotsoeng mona moo a entseng recording ea hore batho ba etse kapele ba ngolise, ba tl’o nka litokomane tsena e le hore ba tle ba tsebe ho fumana lipampiri tseo as if that paper is a plane ticket.
Ekare Letona le Khabane le ka re thusa hore na ebe Letona, e leng oa mphato oa hae in South Africa, o itseng malebana le litaba tsee? O itse feela o mo tlalehetse ha a re bolelle hore na ba buile ka tsela efe holim’a taba ena.
Joalo ka ha a supile hore Letona ke le lecha la Machabeng kapa Puso e qeta ho ba ncha – hana ke mang na eo e leng Letona? Ke oa ANC kapa ke oa coalition eo e kannang eaba o na le another_ oa Foreign; ha oa Home Affairs re bone hore ho na le oa Leburu oa lehlakoreng le leng?
Ke ne ke re u k’u re thuse, hle, Mohlomphehi oa ka, re utloisise hore na Mohlomphehi eo o itseng ha u mo elellisoa hore motho ke enoa o khaotse, (ho ts’oana leha re ka re lehlanya le khaotse) o ipitsa Morena oa Basotho in South Africa, o nkile emblem ea naha, o behile Mokorotlo o behile litho tse ling tse kenyelletsang pherekano ho Mosotho e mong le e mong ha u sheba pampiri eno ea hae.
Na e be teng le buisane ka hor’eng hore it should stopped? O e entse print kae motho eo? Lesotho moo kapa South Africa? Ekaba patlisiso ea hau e u neha joang tabeng ee, hobane ka ‘nete e re ts’oentse haholo, haholo ha motho a ntse a re ke Morena e Moholo (Paramount Chief). A k’u hlalose, Ntate, hore na ena eona e r’eng.
Ke se ke tla ho tsena tseo u ntseng u bua ka tsona tsa hore na e be naha ea Lesotho e inahanetse joang! Ha u ka tseba hu hlaha-mohlomong ebile le Minister ea Home Affairs a le teng re ke re tl’o tla kopanela taba ena and ekare re ka be re botsana feela tjena le eena a ntse a lutse mono hore na tlhopho ea hore – ho ee ho thoe ho na le li bi- lateral agreements, feela ‘na ke bona South Africa e tsoile tlaase litumellano tseo Ntate Motsoaleli a ileng a li etsa le my Minister here, eo e ntseng e le eena ka Lesotho, hore na nelehetsano ea taba ha u e talima e talimeha e sebetsahala ka tsela efe, Ntate, hobane joale re ts’oenyehile ke ts’obotsi ena?
Basotho ba fetohile lintho tseo ekang ke mahlanya in South Africa, ‘me re tlameha hore ekare naha ea Lesotho e ka inahanela ho etsa mokhoa – le rona re le Borena haeba mokhoa oa hore re kopanele lipuo le rona re tsamaeele lona le le babeli tjena re ke re il’o bua le batho bano ho ba hopotsa taba ena ea bohlokoa eo u qetang ho bua ka eona, leha e se obligation ho bona hore ka nako eo re kile ra ba ts’ireletsa ra ba ra lahleheloa ke batho ba 12 ka 1982 ha bona ba bona e ne e le 32. Na joale kajeno lena – che, lehaeba ba e lebetse na re ke keng ra thoba lipelo tsa bona hore ba ke ba be pelo e bonolo ha ba ea ba shebane le Basotho baa bao joale ba leng tsietsing e kale-kaale, Ntate.
Kea leboha, Mohlomphehi oa ka.
MR. VICE-PRESIDENT: Ke kopa hore u ntumella, hle, Ntate Minister hore ke u imetse ka hore ke nke Morena oa Linare le Mats’ekha u tl’u arabe kamor’a bona.
HON. SENATOR P.L.PEETE: Kea leboha, ntate Vice-President.
Ke ne ke reNtate, potso ea ka ho Mohlomphehi Letona la Foreign Affairs e mabapi le taba eo _Ntate a e buileng, e lintlha tse peli, ea motho eane eo a iphetotseng Morena e moholo. Eno Ntate Khoabane o se a e botsitse hantle, kahoo kea mo tlohella.
Ke rata ho bua ka ena ea lipolaeano le ho fetola Basotho meutloa –ea- lintjeng ka mane ka naheng ea boahelani eo a boletseng ka nepo hore esale re na le setsoalle seo ebileng re se nang le boikhethelo, hobane we are land- locked, ha ho na moo re ka bang ra balehela teng, ba re tlamme maoto le matsoho hore re phele le bona.
Ke ne ke re Ntate, potso ea ka ke hore Honourable Minister, Ntate Minister oa Local Government le Sepolesa le li-passport a le haufinyane, lipolaeano tsena li qalile khale haholo! Khale! (le li-Id, Letona la li-passport le li-Id le ntho…
[laughter]… le li death certificate).
Ke ne ke re lipoeano tsena, Ntate Vice-President, li qalile khale haholo, ‘me re tseba hore batho bana bao e leng babolai ha ba qeta ho bolaea ka mona ka Lesotho ba balehela ka mona ka South Africa. Some of them ke batho bao ho bileng ho tsejoang hore ke ‘nyeo le ‘nyeo…
Ba bang ba entse lipolao tse sehloho-hloho moo ho bolaoang le batho ba baimana, bana, balisana le batho bao e seng karolo ea lintho tsena tsa bona tsa likobo, haeba ke lintho tseo.
Ke batla hore ke utloe ha Ntate Minister a ntse a re ‘Muso oa habo rona oa Lesotho o ntse o kena lipuisanong le oane oa Afrika Boroa. Ke ne ke batla Ntate a ke a otle sepekere holim’a hlooho ho re, re buisane hore batho bano ha ba bonoa ka mane, ‘nyeo le ‘nyeo ba phelang sebakeng se itseng- hobane hoa tsejoa le hore ba phela hona mono Orkney.
Hoa tsejoa hore ba phela bo Sebokeng mane Gauteng. Ho tsejoa le moo batho bana ba leng teng moo ehlileng ba leng bangata teng, joale ‘na ke ne ke re na Ntate Minister ka Office ea hae e South Africa, e leng boemeli ba rona re le sechaba sa Basotho moo, na ba ntse ba etsang ka ntho eo? Kapa ba ka re ba lefifing ha ba tsebe letho ka lintho tsee tse ntseng li etsahala moo ha Morena oa ka oa Tsikoane, Peka le Kolobere moo nthong (ha na ho thoe ke kae, ‘M’e) Fobane le Liphakoeng, moo e leng hore hantle-ntle hoa tsebahala hore ke batho ba tsebanang hore ‘nyeo o bolailoe ke ‘nyeo, ebile le marang-rang mona ba ntse ba bua hore kaha rona ha re bolaile ‘nyeo Masole a bua empa ha ho ne ho bolauoe bo mang-mang, kae-kae teng ho ne ho thotsoe.
Ke ho re ntho ena ha e le joalo, Morena oa ka oa Leribe, e re fa bopaki bo totobetseng hore motho eo o re tjee! E leng hore ho bolela hore ke eena ea entseng ntho ena.
Re ets’ang ka taba eo, Bahlomphehi Matona a Khabane, hobane re ts’ohile, re tsamaea re tsitsipane ha re tla Senateng mona hore e tla re leha re ntse re etsa lipotso tse kang tsena_ hobane lona bonyane Motlotlehi o le file hore le ts’ireletsoe, rona re be ntse re bua tjena ha re tloha mona re tloha re le bang, Morena oa Ha Maama, ho tloha mona ke ea Mats’ekheng ke tsamaea ke le motoai-toai. Ha se hore ke hloka ho katoa, feela ke ne ke se ke mpa ke re kaha rona re be re bua re phuthulohile re le tjee, ha re fihla mane…
MR. VICE-PRESIDENT: U s’u etsa statement joale?
HON. SENATOR P.L.PEETE: …ok, na? (laughter)
MR. VICE-PRESIDENT: Litho tse Khabane, ke aware hore litaba tsena tseo ho ntseng ho buua ka tsona li chesa haholo ebile li utloisa bohloko, feela hee ke ne ke kopa hore re se ke be ra aletsa haholo, re hle re ee lipotsong.
HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE: Kea u leboha, Mohlomphehi Vice-President.
Ke ne ke batla ho botsa Mohlomphehi Letona le Khabane. Boholo ba tsona li se li buehile.
Tabeng ee ea litaba tse buehileng tsena tseo ho bonahalang le litaba tsena tsa li-bilateral relations – eena motho enoa ea ipitsang morena e moholo kapa paramount chief e le litaba tseo a etsang liqeto a le mong joale re bile re kenyelletsa le tsona tsena tsa batho ba ntseng ba ts’oaroa South Africa ba Basotho, e be ho ka etsoa komiti e ka kenyelletsang lihlopha tsohle tsa boeta-pele kahar’a naha ka moo ho ea kopana le ‘Muso Afrika Boroa e le hore litaba tsee ho ke ho buue ka tsona ka botebo na?
MR. VICE-PRESIDENT: Ena ea hau e khuts’onyane and straight to the point, Morena oa ka oa Linare.
Ke ne ke kopa, (helang, u tsebe ke ne ke re kea koala ka Morena oa ka oa Qacha’s Neck) che, e re ke mofe monyetla oa hore a arabe ke tle ke tsebe ho tla u nka le Morena oa Qacha’s Neck.
Tsoela-pele, Mohlomphehi Letona le Khabane.
HON. MIN. M. LEJONE: Kea leboha, Ntate Vice-President.
Ke mpa ke na le letsoalo la hore ngoana motho a se ke a khathalla lipotsong (laughter).
Kea kholoa litaba tsena kaha ke litaba tse amehang kapa tse amanang, ho na le taba e hlokolosi e hlileng e tebileng eo re lokelang hore mohlomong le eona re tl’o tla re e etsetsa Polelo ehlileng e kopanetsoeng, e nang le litaba tsa Litsi tsa Ts’ireletso hore na e be ba ntse ba sebetsa joang taba ena ea botloli bona ba Molao ba lipolaeano tsa sechaba.
Kea kholoa Lipolelo tseo ke li behileng mona tse peli e ‘ngoe ea tsona e li thetsitse, hobane lipolaeano tseno tse etsahetseng mona Kanana, Orkney ke tse ling tsa litaba tse qholotsang hore mohlomong Mosotho e mong le e mong a bonoe e ka e se e le setloko-tsebe.
Taba ena re le ‘Muso re e lemohile, ‘me ehlile ho na le komitjana e thehiloeng e sebetsanang le litaba tsena. Mohlomphhei Letona le Khabane la Sepolesa, ke tla kopa hore komiti eo ea habo rona e tle e mpe e tle e tl’o tla etsa Polelo malebana le litaba tsena le hore na morero oa rona ke ho atamela taba ena joang hore re e fumanele tharollo ea moshoelella.
Ka ho otloloha ke hle ke mpe ke cho ke re re na le ‘moka oo re kopanang re le linaha tsena tse peli o bitsoang Bio -national Commission, oo re neng re o thakhola selemong sa ho feta.
Selemong sena Bio-nation Commission e reretsoe hore e tlo ts’oaroa ka khoeli ea Mphalane moo litaba tsena ka botebo re tla tla re li sheba Matona a shebane mahlong, Mohlomphehi Tona-Kholo a le teng, President Ramaphosa le eena a le teng, joale re fana ka litlahelo hore na re ntse re sebetsa joang hore re ts’oarane ka matsoho, re rarolle mathata ana a lichaba tsena tsa habo rona.
Ke batla ho lumela hore Mohlomphehi Letona le Khabane la Sepolesa o ne a se a batla a le pele haholo ka ho ts’oarana ka matsoho le Letona la mehleng ka mona ka Sepoleseng ho kenyelletsa le litabeng tsa Lehae, empa phetoho ena e teng ke eona e re tlamang hore kapele-pele re se ntse re lokisa le ba Ntlo-ea-bonqosa ena ea Afrika Boroa ena e Lesotho mona hore re lokisetse hore Mohlomphehi Letona a il’o ba le phutheho le bao Bo-Mphato oa hae joale re tsebe ho shebisana hore na liqholotso tsena tse teng re eang pele joang ka tsona, hobane mosebetsi ona ke oa letsatsi le letsatsi leha Matona a ka fetoha.
Ho na le potso e reng na Letona la Afrika Boroa le shebaneng le litaba tsa Machabeng ke mang. Re ntse re sebetsa le ntate ea bitsoang Ntate Ronald Lamola. Ke bone eka ke ngoana e mots’o ea batlang a utloa kapelenyana ha re ntse re bua litaba tsena, kaha ha a hole haholo le tsona ‘me ehlile le likamano tsa Lesotho le Afrika Boroa ke bone eka o batla a li utloa.
Ke ‘nete re lokela ho tiisa haholoanyane litabeng tseno.
Litaba tsa Morena enoa ea ipitsang Morena e moholo ke se ke ile ka bonts’a, leha ke sa hlopha polelo e ngotsoeng, hore liphuphutsong tsa rona ha re sheba taba ena re bona botloli ba Molao, re bona boqhekanyetsi bo bongata bo etsetsoang sechaba sa Basotho, mohlomong se leng tlokotsing ea mosebetsi.
Taba ena ka bokhuts’oane bo boholo feela e hloka feela hore re qale lipatlisiso joale ho be le nyeoe e ka kenngoang hore ba lokelang ho araba ba arabele, hobane taba ena motho enoa ea ipitsang Morena oa Basotho, leha ba batla ho qolla hore Basotho ba Afrika Borwa, feela joale oa kena kahar’a naha ka mona.
Litabeng tseo tsa hae u tla utloa hore o ikamahanya le litaba tsa Borena tse etsahalang kahar’a naha ka mona, ‘me joale a roke sechaba mahloana-naketsana hore joale sechaba se tle se mo kholoe hore ke motho ea ka ba thusang ka tokomane ena eo re ntseng re utloa hore ena ke pampiri feela eo u e lefellang M350 eaba u jooe, ebe ha ho na le moo u ka llang teng ha u se u jooe.
Ke re ka ‘nete ka Lekala la haeso la tsa Machabeng, mosebetsi oa rona oa pele oa mantlha e ne e le ho bona hore re sireletsa sechaba sa Basotho ba e-s’o kang ba kena kahar’a lemena lena. Ea bobeli, e ne e le hore re hlokomelise ‘Muso oa Afrika Borwa ka setloli sena sa molao se ntseng se etsa litaba tsena kahare ho naha ea bona, hobane le account ena e butsoe hona moo.
Ke re re tla tsoela-pele re il’o nts’etsa litaba tsena pele, Morena oa ka; ke ne ke bona eka li itse, khoe! Empa haele mona u re o ntse a nts’a li-clip tse ling hape ho ts’osa Basotho hore ba qetelle ba kene ka har’a lemena lena la hae re tla tsoele-pele re il’o etsa lipatlisiso ka litaba tsena, Mats’ekha.
Ke belaela hore ke batla ke thetsitse karabelo ea Morena oa Mats’ekha, hore litaba tsena ke litaba tse hlokang ho kopaneloa; kaha re le ‘Muso oa Lesotho leha re ka re re ‘mone hore ke setloli sa Molao re batla ho mo ts’oara, hosane o tla tsoha a le mono Free State ntle le hore re sebetse ka kopanelo joalokaha ke se ke bonts’itse ka Letona la haeso la Sepolesa hore litsi tsa rona tsa ts’ireletso li hloka ho kopana ka ‘nete eohle re felise taba ena, ha ho ka nq’a e ‘ngoe re ka lekang ho e felisa.
Ha ba qeta ho etsa litlolo tsa Molao South Africa ba baleha ba tla Lesotho mona vice-versa, ‘me e re tlama hore re kopane ka ‘nete eohle hore re tsebe ho fihlela tharollo ena.
Morena oa ka oa Linare o re mohlomong re be le komiti e kenyeletsang likarolo tsohle tsa sechaba re il’o buisana le ‘Muso oa Afrika Borwa. Ke se ke bonts’itse hore phutheho e hlahlamang ea ntho e bitsoang Bi-National Commission, e hlakileng le hore na ba kenang e le li-member ke bo-mang ba tla tseba ho fihlela litharollo le ho fuoa litlaleho hore na mosebetsi o ntse o ea joang, e se e reretsoe hore e tle e-be teng ka Mphalane.
E leng hore khoeli ena ea Loetse ha e fela feela ka Mphalane re se re lokisetsa phutheho ea Bi-National Commission moo President Ramaphosa a tlang ho ba teng Lesotho mona le Matona a hae a amehang, joale re tl’o shebisana litaba tse amang lichaba tsa linaha tsena tsa bo-rona tse peli joale re be re etse commitment hore re bona eka re ka li hlola joang.
Kea leboha, Mohlomphehi Molula-Setulo.
HON. SENATOR M.T. MAKHAOLA: Kea leboha, Mohlomphehi Ntate Vice-President.
Ke ne ke re ka ‘nete ke kopa hore ke re mona, ka potso e khuts’oane haholo, Morena o bua ‘nete ha a re likhohlano tsa batho li tsofetse joalo ka bophelo ba bona. Ke ‘nete ea tlholeho, joale ke ne ke re, Mohlomphehi, na ebe ka boholo ba puso ea Lesotho le boikarabello ba Lekala leo u leng ho lona e be, Mohlomphehi, u ka se hapelle bohlale boo bo theohang holimo-limo hore na u ke ke ua eletsa hore Lesotho mona le South Africa eohle joalo ka lichaba tsa teng e le li-tribe joale ke tla hapella le Makhooa hore tribe eo ea Makhooa na e ke ke ea e-ba bohlale ho eletsa kapa ho fereha hore ho ke ho be le a tribal convention.?
Kea kopa, haeba ke bohlale, Mohlomphehi ho be le a tribal convention kaha joale ho se ntse ho na le SADC. Mohlomong litho tse ling tsa eona li ka rata ho kenella moo ebe convention ea lichaba tsena tse thomehileng koung ena ea Afrika, joale hore ha mathata a mofuta ona a ntse a hlaha ebe that convention e hoelehetsa ‘moka kapa e se e ntse e na le palamente eno ea eona ho ea ts’ohla litaba, kaha Basotho re na le boholo ba rona, MaZulu a na le boholo ba ‘ona, joalo-joalo.Re tle re be le conversion eo e tlare ha hona le mathata a litlolo tsa Molao tse etsahalang Lesotho mona that conversion e tla khona ho re thusa le ho nyanyeletsa the other member oa conversion eo hore ho tle ho tsejoe ho rarolloa, criminals li tsóaroe li isoe molaong, khotso e tla ba teng na?
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ke lebohe, Ntate Vice-President, Bahlomphehi Matona le Litho tse Khabane.
Kea belaela, Bahlomphehi Matona, hore ha le e-s’o hlokomele hore ntho ena ke bothata bo boholo. Litaba tse peli tsena; taba ena ea Morena Makoanyane Letsie ea ipitsang ParamountChief ea Basotho e kholo haholo, ‘me ha le ka e nka ka botebo ba eona, tsena tseo Marena a ka a ntseng a li bua li ka se re thuse ho etsa resolve taba ena. E tla re thusa ke ho utloisisa hore na systems tsa melao tse ka tsebang ho loants’a taba ena na ke bo bokae, because ka mane ka South Africa haeba ba mo nka a na le li-rights le batho bano re ts’oanela ho bona hore ba bua le ‘Muso oa teng – re qholotsa ka tsela eo.
Ena ea lipolotiki eo re ntseng re bua ka eona kea e utloa hore ha se Morena. Kapa ke Morena? Ke Letsie; ke Morena.
Ha re etsa joalo e batla lona le le ‘Muso, a ke le nts’eng a special envoy in particular for this item e tla tseba hore ha e bua ka October lea be le se ntse le entse maputulo, le kentse matsoho fats’e hore re le naha ea Lesotho re ne re na le bohloko ka taba ena, joale re tsebe ho nkuoa ka melaoana eona eo. Ke ka tsaela eo naha e ka thusetsang ka eona.
Taba eo ha e le joalo, o se a thehile mokhatlo o bitsoang Tlhopho-Bocha, joale khale re mo thiba ka mona. Re ile be ra mo leleka, feela ntho eo ke lekang ho e bonts’a ‘na, Ntate, ho ka se be bohlokoa hore ’Muso o nkele taba ena holimo ho feta mona moo o e nketseng teng na? Ka tsela eo le tla tseba hore le romelle molaetsa o toma ho eena Motlotlehi oa Baroa, ‘Muso oa Afrika Borwa joale ba tsebe ho sheba taba ena ka tsela eo.
Ke bona eka, Ntate, re ka bua, ra ets’ang, empa ha re sa ee motsong oa eona mabapi le likamano tsa linaha tsena tse peli hore taba ena e nkeloe holimo.. ‘Me e tla etsoa ke Lesotho na?
Ea bobeli, ke ho ena eo ho buang ka eona ea Basotho bao ba fetohileng maphaphanya ebile e se bona feela le ba bang, empa taba eno ka lebaka la lipolaeano tseo re ntseng re bua ka tsona tse teng le eona le ntse le sa e nkela holimo haholo, Ntate Letona la tsa Lehae.
Ha re e-s’o e nkele holimo, hobane le eona ka mokhoa o ts’oanang e ama taba ea bi-lateral relations tsa naha tsena tse peli, ‘me e ntse hlokoa hore e ‘ne e buuoe boemong bono bo holimo ba ho re, Afrika Borwa, litsi ekare li hlaha ka ha lona ka mona moo batho bana ba lutseng hona teng, ‘me le rona ka Lesotho ho hlaha ntho e tjena’, joale ho tsebe hore ho etsoe a joint operation e tsebang hore ka semolao e etsoa ka nq’ane, ka security, e sebetsoe ka nq’ane.
Ke hobane re ke ke ra qeta hafeela re ntse re nka ka hore rona re nka ele bothata ba security feela ka mona re sa etse respond diplomatically ka naha e leng mohaisane e entseng host, e nang le batho bana!
HON. MIN. FOREIGN AFFAIRS L. MPOTJOANE: Kea leboha, Mohlomphehi Molula-Setulo.
Ka ‘nete ke qetella litaba tsena ka hore maikutlo a ntseng a tsoa ho Litho tse Khabane le litlatsetso a re bonts’a botebo ba litaba tseo re ts’oaraneng le tsona, hobane litaba tsena ha se litaba feela tse nyane tse ka itlhahelang ebe lia fela; ehlile ke litaba tse amanang le linaha tse peli.
Ka har’a phutheho eo ea rona ea Bi-National Commission ke karolo ea agenda litaba tsena tsa botloli bo etsahalang linaheng tsena tse peli, hore joale batho ba tlole molao ka nq’ena ba balehele ka nq’ane.
Ea bobeli agenda, ke bosholu ba liphoofolo bo etsahalang linaheng tsena tse peli. Ke taba e teng ka hare ho agenda ea the BNC ka the joint operations tseo Honourable Senator Motsamai a buang ka tsona. Ehlile ke litaba tse teng ka hare ho BNC, empa hore litaba tseo li sebetsahale ka ‘nete le ka tieo eohle ho lokela hore ho be le political will. Ke lona lebaka leo ho hlokahalang hore Mohlomphehi Letona le Khabane a be le phutheho ea ka pelenyana le Matona a macha a litaba tsa Sepolesa le tsa Lehae.
Leha litaba tsena liofisiri li ka rata ho li sebetsa, moo political will e leng sieo, Ntate, ehlile li tsamaea butle haholo. Ke ka hona re neng re bona ho hlokahala hore ho be le ‘moka oo oa ka pelenyana, ‘me ba fane ka taelo ho bahlanka ba bona hore na ba lebelletse eng hore re rarolle litaba tsena.
‘Nete ke hore ha motho a etsa tlolo ea molao ka nq’ena joale a ts’ela terata a tla hahau, joale eba ha u etse letho, mohlang a qetileng ka nq’ena o tla tla a li etsetsa hona ka nq’eno.
Litaba tsena rea li bona li se li ntse li etsahala; li se li ntse li ts’oenya sona sechaba seno sa Afrika Borwa. Ke litaba tseo re reng ha se litaba tsa rona re le bang; ‘Muso oa Afrika Borwa o ts’oenyehile haholo le sechaba seo ka litaba tsena, ‘me ke tiisetsa Ntlo e Khabane, hore ehlile re ts’oarane ka matsoho ho sebetsa litaba tsena.
Litaba tsa Morena oa Melele tsa tribal convention re ntse re ts’oere taba ena ka har’a BNC, Mohlomphehi. Re re ho theha structure se secha sa mofuta oo se ka ‘na sa re qosa lichelete hore re se sebetse; ho ka re nka nako e telele haholo. Ke mametse taba eo, ‘me re tla e hlopha re ke re il’o e sheba le baeso.
‘Nete e teng ke hore tharollo re e hloka letsatsing lona lena. Structure sa mofuta ono se tla hloka covention, agreement le negotiation. Tsona li ka nka lilemo tse ngata haholo hore e qetelle e le operation. Re tla e sebetsa, empa ke taba ea bohlokoa eo re lokelang ho lula fats’e re il’o e shebisana, re e mamele, re e utloisise. Joale empa bothata boo re seng re lutse ho bona hajoale ke bo hlokang tharollo ea hang-hang.
Ke ka hona ke reng phutheho ea BNC ke eona eo re bonang e le haufi haholo, hore re qoqe litaba tsena, empa re ke be ra emela hore re be re il’o fihla BNC, kahoo Litsi tsa rona tsa Ts’ireletso li lokela ho ema ka maoto letsatsing lona lena ka li-joint operations, hobane ho na le li-agreement tsa MOU tse ba lumellang ho etsa mosebetsi hore ba sebelisane.
Honourable Senator Motsamai o buile ka special envoy se il’o bua ka ea ipitsang Morena oa Basotho. ‘Nete e teng ke hore o batla eona ntho eona ena hantle ea lintho tseo a li batlang, ho re taba ea hae e nkeloe holimo, e qoqoe ka Senateng ka mona joalokaha re ntse re e qoqa tjena, ha re tloha re e nyollele holimo re e qoqe ‘Musong oa Afrika Borwa hofihlela e il’o fihla SADC koana!
Ntho ena eo a ntseng a e etsa ke botloli ba molao. Re lokela ho toba moo taba e leng hona teng, ho re, ‘u qhekanyetsa Basotho, u re Basotho ba u fe chelete u tla ba fa tokomane e seng molaong’. Hona ke ntho e lokelang ho nkeloa likhato, ‘me e lokela ho nkeloa likhato ka makala a amehang hore re tlalehe botloli ba molao ho be le nyeoe e qosang hore re na le setloli sa molao se ntseng se qhekanyetsa Basotho.
Ka ‘nete ha ke arabile ha kana, Mohlomphehi Molula-Setulo, ke batlile ke khathalla lipotsong!
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Ke ne ke re pele re ba le polelo ea ho qetella ka Mohlomphehi Letona la tsa Lehae, ke mpe ke re ho Mohlomphehi Letona la tsa Machabeng, u buile ka taba ena ea lipolaeano, Mohlomphehi. ‘N’a taba eo ke bona e se e le lehlanya le khaotseng, ‘me lehlanya ha le khaotse ke ile ka etsa boipiletso hore eka kopanelo e se ke ea eba taba ea ‘Muso feela kapa Lekala tsa tsa Lehae feela tse sebetsanang le eona, empa Marena ke ana a teng, Baetapele ba Likereke ba teng, bohle ba ka tsebang ho thusa.
Ke ne ke re na re bona eka re ka ba hapella joang, hobane joale lehlanya lea kopaneloa?
Kea leboha, Mohlomphehi.
HON. MIN. L. LEPHEMA: Kea leboha, Mohlomphehi le Marena a ka ka nako eo re e fuoang. Ke bona eka e se e e le ho tempa holim’a litaba tseo ho buuoeng ka tsona ke Mohlomphehi Letona la tsa Ka Ntle
Ke mpe ke bonts’e ts’oenyeho ena e kholo eo re nang le eona re le ‘Muso oa Lesotho, hobane ke ile ka ba le kopano ena eo Morena oa thaba a buileng ka eona le Letona la mehleng la Home Affairs Dr. Aaron Motswaledi, moo teng re neng re buisana ka mokhoa oo Basotho ba ka sebetsang kateng naheng ena ea Afrika Borwa.
Ke hopotse Ntlo ena hore Basotho ba neng ba ntse ba sebetsa Afrika Borwa ba ile ba felloa ke li-permit khoeling ea leshome le metso e ‘meli selemong se fetileng. Re ile ra ba le litumellano le lipuisano tsa hore nako eo e eketsoe, ‘me ba ile ba lumela hore ba ka eketsa ka lilemo tse peli hape.
Ho eona re ile ra lumellana le bona hore Basotho ba sebetsang Afrika Borwa ha ba ka fumanoa ba na le li-receipts tse bonts’ang hore ba nchafalitse permit tsa bona, ba se ts’oaroe, ‘me ke tla tiisetsa Ntlo ena e Khabane hore pokothong ho ‘na mona ke na le directive e buang litaba tseo ke tla beng ke fane ka tsona.
Motsotsong oa hajoale re kopane le e mong oa bo-mphato. Oh! By the way, ke hlalose hore Basotho nakong e fetileng ba ne ba ile ba lumelloa hore ba ka etsa apply for permit e le Basotho ba ka bang 94,000 empa Basotho ba ileng ba etsa apply ba bile 54,653 eo hajoale li-permit tse nchafatsoang e leng tsa batho bao feela.
Re ile ra lumellana le Dr. Motswaledi hore a mpe a re lumelle hore ba bacha le bona ba ‘ne baetse apply kaha joale o ne a se a re ha ba sa bula, hoba Basotho ba ile ba nka tse nyane yet ba ee ba fuoe tse ngata haholo. Taba eo re se re tl’o e sala morao re e qetela le ea teng hona joale, e leng Mr. Leon Amos.
Bahlomphehi, re ile ra ngolla eena Ntate Leon lengolo leo re mo kopang kopano kamor’a ho elelloa bothata bo teng lipakeng tsa Lesotho le Afrika Borwa ekasitana le baahi ba Lesotho ba phelang Afrika Borwa. Eena o ile a arabela ka hore o sa ntsane a matha lebelo a ithuta se ka ofising, ‘me hang ha a qeta o tla khutlela ho rona re kopane. Ke lumela hantle hore ke haufinyane haholo, hobane re ne re bontsits’e bohlokoa ba hore e be rona le eena re ka ba le kopano e joalo.
Ke bolele hape hore le Letona la sepolesa la Afrika Borwa re se re buisane le eena Mr. Senzo Mchunu hore re ke re be le kopano. Kopano ea rona e amana le litaba tsohle tse botsitsoeng Letona la tsa Machabeng e leng tseo a seng a li arabetse boholo ba tsona ka makhethe a maholo.
Nakong e fetileng re ile ra ba le kopano Lesotho mona le karolo e ngata haholo ea sepolesa sa Afrika Borwa nakong eo e ne esale letona Mohlomphehi Bheki Cele, moo re ile ra fihlela litumellano tsa ts’ebelisano-‘moho lipakeng tsa Lesotho le Afika Borwa. Re ne re shebile haholo tsona litaba tsena tsa hore joale litloli tsa molao li etsa litlolo tsa molao ka mona ebe li ts’elela Afrika Borwa. Re shebisane hore na re tl’o sebetsa joang hore re thibe boemo bona, hobane joale ho bonahala e le bona bo jeleng setsi haholo.
Re ne lumellane le eena ‘me ho salletseng e ne ele ho lokisa letsatsi feela la hore na re kopana neng, ‘me ha re kopane le eena feela re tla nka mekhahlelo e sebetsang ‘moho re le ‘muso oa Lesotho le oa Afrika Borwa re il’o atamela litaba tsena ho bona hore na re li atamela joang.
Mohlomphehi Letona o arabetse hore hoa tsebahala hore batho bana ba teng ba bakae, ‘me ha re ba sheba feela re ntse re buisana le ‘Muso oa Afrika Borwa hore na litaba tseo re li etsa joang. O ile a bonts’a hore komiti e teng e sebetsanang le boemo bono ba ts’ireletso. Ke eona eane e ileng ea theha ntho e bitsoang Operation Fiela e ntseng e sebeletsa hantle haholo ka makhethe, ‘me ha se khale, ke maoba mona – ke ile ka fana ka Polelo e bonts’ang likatleho tse fihletsoeng ka mosebetsi oo ba ntseng ba o etsa.
Katleho e kholo ka ho fetisisa eo ba ileng ba e fihlela ka Leribe ka mane ba ile atleha ho ts’oara banna bana ba likobo ba neng ba tsamaea ka chelete e kaalo M895 000 cash! U ne u le sieo, Morena, empa banna ba haeso ba ts’epahalang ba ile ba atleha ho tla le chelete hape ba ts’oara batho bao le tse ling tse ngata tseo ba ileng ba atleha ho li fihlela.
Nka tiisa feela hore operation eno ea rona e sebetsa hantle. Likatleho tsa eona ke tse holimo haholo, haholo hobane ekasitana le lithunya tse seng molaong ehlile le tsona re ntse re li phutha li le ngata haholo.
Ke qetelle ka hore Ntlo e Khabane e batla ho fumana tlhaloso ea eona. hore na ho ne ho na le bothata nakong e fetileng ka li-ID. Ke ne ke re ho lona, Marena a ka, taba ea li-ID ke pale ea maobane. Taba ea li-ID ke taba ea maobane! Kea hlalosa hape hore bothata bo boholo e ne e se ‘Muso oa Lesotho o se nang chelete, empa e ne e le mathata a neng a le teng ka batho ba nako e fetileng moo ba neng ba na le tumellano le hoo re ka ho bitsang middle man, eare ha ba fumana tsamaiso e ncha e patalang ka mokhoa o fapaneng ba felloa ke chelete ea ho reka thepa eo Lesotho le e hlokang, eaba re qalella ho sokola.
Ra roala lieta ra ikisa ho bahlahisi ba thepa ena kaofela, ‘me ha joale ha ho buuoa ka passport re sebetsa le motho ea hlahisang li-passport; no middle man. Bothata boo re neng re na le bona le eena ke ba hore na o pataloa joang ka mokhoa oa letter of credit, empa le bona re bo fetile re se re lumellane le eena re se re sebetsa.
Kea tiisa hape hore li-ID ke pale ea maobane, hobane ha ke bua le uena tjena…[liatla] ke na le litokomane tseo ke tla li siea, Mohlomphehi, ka mona tse bonts’ang hore li-ID, the latest by tomorrow, li tlabe li kena Lesotho mona… [liatla] litokomane li teng mona kaofela ke tla tla ke li siea.
Ena ke mpe ke hlalose, Bahlomphehi, hore re se re tla mpe re sale le ho loants’a bobolu bo ka Lekaleng, ba hore joale ha motho a batla ho fuoa ID, hothoe a nts’e tjotjo pele. Bomalimabe bo fetisisang ba Basotho ho Mosotho. Mosotho a kula a batla ho ts’ela ebe o ntse a luletse hore passport ha e eo, feela ha u ka ea ka Lekaleng ka mane re na le lebota la li-shelf tse tletseng li-passport. Hore na Basotho ha ba li late hoban’eng na?
Litaba tsena li etsahala Maseru mona, empa e le hobane feela e ile eare ha re fihla Teyateyaneng ra tebisa kepi, eaba re il’o fumana hore motho ke enoa o ntse a luletse ho nka batho letho mona ha a tlameha ho ba fa li-passport.
HON SENATOR K. L. K. THEKO: Ha se oa Teyateyaneng?.
HON. L. LEPHEMA: Ha se oa Teyateyaneng, ke oa Thaba-Bosiu. Motho eno ha re bua le uena tjena re ile ra mot s’oara, ‘M’e PS a ba a mo behella ka thoko ho mosebetsi. Ehlile re ntse re hlaola taba eo, ‘me re ntse re leka sohle se matleng a rona hore re bone hore na re hlaola bothata bona bo teng joang.
Bothata bo boholo ka mono ka li-passport ke batho bano ba emeng mono, bao e reng ha u re u tl’o lata passport ebe ba u batla letho. Ke bomalimabe, empa le ha ho le joalo, joaloka tse ling re ntse re tla li hlola, ke maikemisetso a rona hore Mosotho e mong le e mong a sebetse ka bolokolohi, a fumane lithepa tsa hae ka bolokolohi.
Ke kopa ke se ke ka ala leleme phate. Letona la haeso la Machabeng, joalokaha re sebetsa le eena lipakeng tsa Lesotho le Africa Boroa, o se a hlalositse litaba ka makhethe a maholo haholo; ere ke se kebe ka lithunthetsa.
Ebe ke kena ho tsena tsa ts’ireletso. Le ka tsona rest assured, lipakeng tsa Lesotho le Africa Boroa re ntse re sebetsa le tla tla le bona. Le liphoofolo re ntse re sebetsa hore na re tla etsa joang ka tsona. Mosebetsi o moholo o setseng ka Lekaleng oo re ntseng re o sebetsa le bona ke hore re bone hore re il’o ts’oaea liphoofolo tsa Basotho, hobane ke hona moo hobang le bothata ha li se lits’etse li sena mats’oao. Le eona kea le ts’episa hore mosebetsi o joalo o tl’o thakhoha ka mokhoa o matla haholo.
Ke hobane joale kea tseba, Bahlomphehi ba ka, hore le na le molao oane oa micro-chip oo le tl’o o fetisa hore re matlafatse ho ts’oaea liphoofolo tsa Basotho.
Ka hona, Mohlomphehi, kea leboha.
MR. VICE PRESIDENT: Kea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane. U qeta hore hlalosetsa le ho hlalosetsa Ntlo ena e Khabane hore ehlile li-passport li tletse li-shelf ka mane, ‘me ke utloa ekare molaetsa ke hore ele ho etsa Government Assurance ke hore le chakele lekala le il’o bona hore litaba tseno ehlile li teng.
HON. SENATOR K. L.K THEKO: Rea leboha, Honourable Minister, hore u re neha assurance ea taba ena, hobane ho na le batho ba nang le tumelo ea hore hohang ofisi eno ea hau is disfunctional ka li-ID le li-passport, ebile ba polotika ka eona ka matla a ts’abehang. E tlaba o phekotse taba eo.
Pel’a hau mono u lutse pel’a Letona le ntseng le kenya motlakase hantle le lona. Ekanna eaba le tla sebetsa, kaha re bona eka le kanna la sebetsa, feela ke ne ke re ka lebaka la hore ke ne ke ile ka kopa Mohlomphehi maobane hore a u lumelle u tl’o etsa polelo ka mona mabapi le litaba tsena tsa likobo, lipolaeano le bona batho bano ba balehelang ka mane ka South Africa, joale ke re ho ee ho be le molao oa 1994 oo hothoeng ke Public Inquiry Act oo re hopolang hore o ka sebetsa hore ho hle ho etsoe lipatlisiso mabapi le hore batho bana ha ba lutse ka South Africa, ha ba kena ka mona re tle re fumane hore na hantle-ntle ho tsekoa eng. Haeba re ka sebelisa some laws tsa hore feela ba lelekisoe ha ke bone eka re tla tseba ho fumana pheko.
Ntate Mochoboroane le Morena oa hae oa Mafeteng ba kile ba ea ka mission oa Ntate Thabane e le Prime Minister, to South Africa, ba ba fumana, ‘me hoa qoqoa eaka taba ena e ile tlase. Ke ntse ke belaela hore na ekaba uena ha u talima ha se eona tsela eo re ka e sebelisang hape na?
Ke hobane batho bana ha ba hole. Morena oa Mats’ekha ke utloile eka ebile o na le address ea bona ka mono ka South Africa moo re ka etsang lipatlisiso tsa hore re tle re lule le batho bana re lumellane hore na hantle-ntle taba ea bona ke efe.
Ebe ha u bone eka ke taba e ka arabang taba ea hore ho buisanoe hore ba tlang hae ba tle ba tl’o arabela litaba tsee? Ba ntseng ba baleha ka matsoalo le bona re ba etse assure hore ba sireletsehile? Ha u bone eka e tla re thusa, hobane ho ba lelekisa re re re leka ho ba ts’oara etlanne ebe sechaba se hole, ho tla etsa perpetuate this problem?
Ka hona, ke ne ke re na uena ha u talima, Letebele, ebe ha u bone eka ke bona bohlale?
Kea leboha, Mohlomphehi.
MR. VICE PRESIDENT: Ke ne ke kopa hore re li nke li le tharo, Ntate Minister, e le hore re tle re tsebe ho phethela kapelenyana.
HON. SENATOR S. G. MASUPHA: Kea leboha, Mohlomphehi. Kea kholoa taba ea ka empa e le taba ea bothata bo amanang le litaba tsa li-ID. Kea kholoa ke ne ke rata hore Mohlomphehi a ntumelle hore ha ke bua ka li-ID, ke bua ka li-ID tsa motho le ID ea motho phoofolong, e leng bothata bo teng.
Mohlomphehi, ke le ka mona ka Lioling ‘na ehlile a buang ke bile le bothata ba taba ea ID ea ka e sebetsanang le taba ea liphoofolo. Na ebe Mohlomphehi o hlokometse hore basebeletsi ba rona ba sebetsanang le litaba tsee ba qetelletse ebile ba koala ofisi eo e fanang ka li-ID?
Ke tseba taba ena hobane ‘na ke ne ke sebetsana le litaba tsa liphoofolo tsa ka, ‘me ka fumana hore ofisi e koetsoe ka padlock. Ke ile kaba ka potlakela ho Musi oa Setereke ke batla taba ena hore na ebe ho etsahalang. Musi oa setereke ha kaba a khutlela ho ‘na. O ile a ba a nts’episa hore taba ena o tla e sebetsa kapele ka mokhoa oo ho ka etsahalang kateng, empa very unfortunately ke fumane taba eno e sa sebetsoa.
Na, Mohlomphehi, ua tseba hore batho baa ba hau bao ho thoeng li-ID li se li tloba teng ha letsatsi lena la hosane le chaba, hore ho na le nako eo ba koalang liofisi? Ehlile ba li koala ba kentse padlock ka lebaka feela la hobane ho na le tieiso ea batho bana ba bacha bana ba tl’o hiroa. Batho bana ba bacha ba tl’o hiroa ekare ho tsekisanoa matla ka mosebetsi, ‘me taba ena ha e sa lokisoe kapelenyana, Mohlomphehi oa ka, ke bona eka bothata bo tl’o ba teng malebana le li-ID tsena tse tl’o ba teng hosane hafela batho ba sa hiroe.
Ke ne ke re na Mohlomphehi o hlokometse hore taba ena e amana le taba ea bosebeletsi bo teng ka hare ho Lekala lena la Home Affairs?
HON. SENATOR T. M. MOHALE: Kea leboha, Ntate Vice President, ke lebohe le Matona a Khabane ka mosebetsi oa kajeno.
Lipotso tsa ka tse tobileng Letona la ka la sepolesa, Home Affairs le lekala le leng, ke hore na ebe Ntate o bone kotsi ea chelete e pataloang letsatsi le letsatsi lits’ebeletsong tsohle?
Motho u tlameha hore u be le chelete ho fumana lits’ebeletso, e le ho patala li-ID le lits’ebeletso kaofela. Ebe lekala ha le bone bohlokoa ba ho beha li-system tseo le ka khaolang lits’ebeletso tsa chelete e tlamehang ho pataloa letsatsi le letsatsi, ekaba lits’ebeletso tsa ho patala li-ID le lintho tsohle kaofela? Ebe Letona kapa Lekala ha le bone bohlokoa ba hore ebe taba ea ho patalla lits’ebeletso tsa letsatsi le letsatsi ka lichelete ho molemong oa ho fokotsa tjotjo le ho ntlafatsa lits’ebeletso?
Potso ea bobeli ho Ntate, ke ea hore Lekaleng la hau la Sepolesa ho bile le lintho tse sa tloaelehang tsa lithunya tse nyamelang li-police station, ho bile le litaba tsa hore bahlanka ba hao ba sepolesa ba fumanoa ka lithunya tse seng molaong ka South Africa. ‘Me ke botsa hore na ebe litaba tseo li se li le hakae tsa lithunya tse nyametseng li-police station tse fumanoang matsohong a fosahetseng ka har’a naha le kantle ho naha?
Kea leboha.
MR. VICE PRESIDENT: Mohlomphehi Letona le Khabane, ke bone eka re na le potso e le ‘ngoe ea ho qetela ho tsoa ho Hon. Monatsi. Ke ne ke kopa re e nke e le hore ha a qeta re be re se re fetela mokhahlelong o mong oa lipotso.
HON SENATOR S. H. MONATSI: Ke u lebohe, Ntate Vice President.
Ke kopa ho botsa Ntate Letona la Sepolesa hore na ebe mokhoa oa ho thiba mokoti ona o lebang Qwaqwa oa letsatsi le letsatsi, oo liphoofolo tsa sechaba sa Basotho litereke tsohle – haholo ke lla ka Mokhotlong, Thaba-Tseka le Qacha’s Nek, tse nkoang ho bile ho bolaoa beng ba tsona ha ba re ba li sala morao? Na ebe o ka thijoa joang mokoti oo?
Na ha ho bohlokoa ho kopana le Letona la ka South Africa ho ke ho etsoe operation ea batho bana, hobane ho bonahala sentele sa liphoofolo tsena tsa Basotho se le Qwaqwa mono? Na ebe a ka etsa joang hore ba ke ba kopane ho ke ho buisanoe ka taba ea ho thibela taba ena, hobane liphoofolo tsa Basotho Lesotho mona re phela ka tsona ebile rona ba bang re rutiloe ka tsona?
Na Ntate Letona oa hlokomela hore e tlaba nako e khuts’onyane phoofolo eba sieo mona, le ho pata batho feela e tlaba bothata hore na nku le khomo li tholoa kae?
Kea leboha Ntate.
Ea ho qetela ke hore, Ntate Letona ke utloile a bua ka hore taba ea li-ID e se e ile moriting, kaba ka utloa a re o se a lokisitse litaba tsa lichelete. Na o hlokometse hore Mokhotlong mane taba ena ea li-ID ofising ho thoe e ntse e kolota na?
Kea leboha.
HON. L. LEPHEMA: Ke kopa ho qala ka uena, Honourable Monatsi, ka potso ena ea hau ea ho qetela.
Ae, u qetetse khale Mokhotlong, kaha ofisi eno e ile ea ba le bothata bo joalo, empa bo ile ba lokisoa. Ofisi e butsoe, empa konteraka e ne e felile ra tlameha ho lokisa boemo, ‘me ofisi ha ke bua le uena tjena e ea sebetsa.
Ea liphoofolo tse tsoang ka lekhalo lena la Qwaqwa re e elelletsoe, ‘me re ntse re sebetsana le hore na pele re ka kopana le oa mphato oa rona re ka etsa joang ka hore re e thiba joang. E ‘ngoe ea litaba tsa rona ke hore re tle re bone hore na re tl’o etsa joang hore re tle re fumane mekhoa ea metebo-ntloana libakeng tseno tse joalo. Re ntse re sebetsana le eona.
Che, ua tseba hore likoloi tsona re ne re ba batletse, empa ho na le libaka tse ling tse sa tsamaeheng hona ka mono.
Ha e le kopano ea rona le Letona la Sepolesa la Africa Boroa ke hlalositse hore re se re ile ra ba le kopano le Letona leno le bitsoang Bheki Cele, empa ea teng hona joale tjena o bitsoa Senzo Nquni, joale re se re tl’o kopana le eena re nts’etse pele litaba tseno tsa rona tseo re seng re buile ka tsona.
Morena oa Thaba o re nakong e fetileng Mohlomphehi Letona la Health le ba bang ba ile ba ‘na ba tsoa ba ilo ts’oara lipuisano le banna bana ba habo rona ba bonahalang ba etsa litlolo tsa molao ka mona ba ea ka mane, ‘me o re li ile tsa atleha. Joale empa ke tsena li khutletse morao; joale le rona re etsa boithuto ba hore na ha re ntse re sheba hore na re etsa joang re ‘ne re ets’eng hohong, hobane tsane tsa ho buisana li ile tsa ‘na tsa etsahala empa ha li ea ka tsa re tsoalla namane e ts’ehali.
Morena oa Thaba! Ke nahana eno ke e arabetse re tla sebetsa taba ena; ke lumela hantle hore kopano ea rona le mphato oa ka oa Africa Boroa e tla e lokisa. Hantle-ntle re batla Basotho ba khutle mekhoeng, Basotho ba tle re tl’o sebetsa ‘moho, ‘me litaba tseo ba li tlohelle, etsoe Basotho e le sechaba sa khotso.
Selemong sena re keteka lilemo tse makholo a mabeli Morena Moshoeshoe I a ne a thehe sechaba sa Basotho. Joale nako ea malimo e ne e fete khale, hona joale tjena ke hore re bue le bona hore re khutleleng hae re tl’o tla re bopang khotso. Feela empa re tla e sebetsa ka mokhoa oo re tla e sebetsa kateng, Morena oa Thaba.
Morena oa ka Morena oa Lioli, ke kopa hore u tle u ntumelle, Ntate, hore ke nahana hore bothata bona ba hore liofisi li otluoe ka li-padlock re tle re e shebe hape, hobane re ile ra ba le bothata ba basebetsi ba Home Affairs ka hona ka mono; le ka li-ID ka mane ba ile ba felloa ke likonteraka, ‘me ra tlameha hore re tl’o tla re nchafatsa, re tl’o tla re hira ba bang, empa joale hoa fumanoa ho na le lintho tse sa tloaelehang tse ngata tse etsahalang; ea re khutlisetsa morao.
Joale empa leha ho le joalo, bothata bono re se re bo hlotse; batho ba hau ba tla sebetsa ka mokhoa o khethehileng.
Morena oa ka, ke ntse ke hlalositse mona hore lets’olo lena leo re keneng ho lona – haholo lena la operation fiela, re hlile re na le lithunya tse ngata haholo tseo re seng re li fumane ekasita le tseo ebang mohlomong li ne li nyametse hona metebong ea mapolesa re ntse re li fumana, le hoja u tla fumana hore ha re li fumana ba li hlakotse hore u se ke ua tseba hantle hore na li-serial number tsa tsona li joang.
It is unfortunate hore potso ena e ne e le sieo, kaha nkabe ke nkile lethathamo la lithunya tseo re seng re lifumane bathong mona. Ke tlile le lethathamo la liphoofolo tseo re seng re li fumane. Feela hannyane kea hopola hore re ne re na le kakaretso ha esale lets’olo lena le qalile, re ne re na le kakaretso ea 953 ea linku tseo re ileng ra li fumana. Ha ke sa hopola hore na likhomo li ne li le kae.
Malingoaneng mane bekeng e fetile ba ile ba utsoa tse 100 and mang mang (ha ke sa tseba), empa ba rona ba ile ba matha kapelenyana hoo ba fumana ho tsona mono kea kholoa 80, if not 100! Tse ling re ntse re matha re li batla.
Maoba mona ke romelletse mapolesa Vendervailpark, e le hobane re fumane monyenyetsi oa hore tse ling tsa linku tseno ke tsena li bonoa mane Vendervailpark, ‘me re tla tla re fumana report ea hore na ba tlile le tsona kapa ho etsahetse joang.
Litaba tsena nka u tiisetsa hore kannete sepolesa sa haeso sa Lesotho se palameng se bonts’a boikitlaetso bo boholo toants’ong ea bosholu bona ba liphoofolo ekasita le tsona litlolo tsena tsa molao.
Kea tseba hore Morena oa Mats’ekheng ha a ea hae ha a ka tsamaea e le bosiu feela o tl’o fumana ba tletse tsela ena kaofela ba batla ntho ena le ena. Ke mosebetsi o moholo oo re bonang hore rea o etsa.
Le lona le ee le utloe hore le tla utloa sefofane se ntse se matha mona le bosiu re etsa bonnete ba hore likhathatso tsena li ea fela.
Ka hona, Mohlomphehi, kea leboha.
HON. SENATOR J. A. MOTS’OENE: Kea leboha, Mohlomphehi, ke tla botsa ka bokhuts’oane bohle.
Mohlomphehi Letona o buile ka litaba tsa likonteraka ho batho bana ba sebetsanang le li-ID, a bua hape ka taba ena ea Vendervailpak. Ke qale ka ena ea li-ID le li-passport. Ho latela ts’ebetso eo a e boneng Mohlomphehi, ebe ha ba bone eka, molemong oa hore taba ee ea li-passport e se kenne ea sokolisa hore Basotho ba li fumane kapele ka nako eo ba lihlokang, ba ke ba tlohelle taba ee ea ho fa batho likonteraka, hobane ho kena puso ea polotiki e itseng?
Ke ho re batho ba sebetsang moo ebe batho ba sebeletsang sechaba ba bile ba na le litsebo, hobane ba lula ba ba koetlisa joale ka nako e ‘ngoe ha ba kena bocha ba tlameha ho koetlisa ba bang ebe lits’enyehelo tse ling hape na?
Ea bobeli, ke taba ena ea Vanderbijlpark. Re hlokometse, Mohlomphehi, hore liphoofolo tsa Basotho li fella mono, ebile ‘na haeso Leribe mane hona mabapi le moreneng mono li palamisetsoa teng, ho tletse Basotho feela ba nang le lipolasi mono. Ha li tloha mono li ea lipolasing tsa batho bano. Joale ke re na, Mohlomphehi, ha ho betere kapa ha u bone ho hlokahala hore ba ke ba be le tsebelisano ‘moho ea Litho tsa Ts’ireletso tse sebetsang mosebetsi oo full time, e le ba naha ea Africa Borwa le ea Lesotho na?
HON. L. LEPHEMA: Kea leboha, Mohlomphehi, ke mpe ke arabele ena ea batho bana ba rona ba li-ID; hoa tsebahala, Ntate, hore sechabeng sa Basotho mosebetsi ha o mongata haholo, ‘me likonteraka tsa bona ha se tsa nako e khuts’oanyane hakaalo, ha u ka nahana, hobane bana ba tsoang ba ne ba lutse mono lilemo tse kabang tharo. Joale ba bang ba ne ba fumane mosebetsi. Eseng hakaalo ka polotiki.
Ena ea Vendervailpak ke kopa ke e arabele lekhetlo la bobeli. Re mothating oa hore re tle re kopane le Letona la Africa Borwa moo re tl’o tla re buisanang hore na litaba tsena tsa bosholu ba liphoofolo re tl’o tla re li sebetsa joang. Ho ne ho se ho ntse hona le lenaneo le sebetsoang lipakeng tsa Lesotho le Africa Borwa le neng le bitsoa Cross Boarder Crime Prevention Forum. E ne e le baahi ba lulang meeling mono le ba Lesotho, ba kopana hangata le hangata ho buisana ka litaba tsena ebile ba kopane le mahokela.
Haeba ua hopola nakong e fetileng ho na le nako eo u kileng oa bona Mohlomphehi Tona-Kholo a na le mahokela a mangata haholo, kea kholoa ha re ne re le Lebakeng. Mono e ne e le mahokela a hlahang Matatiele le a Lesotho ba kopane ba ntse ba sebetsana le taba ena ea bosholu ba liphoofolo, ‘me eona e nketsoe holimo haholo e se e le ho e thiba feela ka mane hore na ho etsahala joang.
Ka ba ka hopola hape ha u bua ka Litho tsa Ts’ireletso …hore Morena Mohale o ile a botsa hore na re ka etsa joang ho khaola letsoho lena la ho ‘na ho nts’oa tjotjo ka mane. Leha ho le joalo, lenaneo le joalo le teng. Re na le thuso e hlahang mokhatlong o bitsoang IOM ba tl’o re thusa with the upgraded systems tse tla re thusa hore u le hae u etse application ea passport le ID, u patale, u fumane molaetsa feela oa hore u tle u tl’o tla u nka passport kapa ID ea hau, re leke hore batho bano ba jang tjotjo ka mono ba tsebe ho ota.
MR. VICE PRESIDENT: Rea leboha, Letona le Khabane.
Next item, Madam Clerk
Item Number 3 (Questions)
MR. VICE PRESIDENT: Honourable Senator Motšoene.
HON. SENATOR J. A. MOTŠOENE: Ke ema mona ke botsa Letona le Khabane Potso ea 35.
QUESTION 35. PROVISION OF ELECTRICITY TO LENTSOANENG COMMUNITY
To ask the Minister of Energy as to how soon shall electricity be provided to the Lentsoaneng Community, located at ‘Mate in Leribe District, as it had established an electrification scheme which had collected M51, 858, 66 for that Project?
MR. VICE PRESIDENT: Honourable Minister of Energy.
HON. MINISTER PROF. N. L. MAHAO (Minister of Energy): Ntate Vice President, ke araba Potso ea Morena oa ka oa Leribe, le hoja ke ne ke mo nyanyelelitse Karabo ea eona, hobane o pel’a ka, leha a ka ntatola pele mokoko o lla.
Ke nke monyetla, Vice President, hore ke hlalose molemong oa Ntlo ena e Khabane, hore re tšoaile libaka tse ngata haholo sebakeng sa selemo sena sa lichelete ka hare ho litereke tsohle ka sepheo sa hore re pharallatse taba ena ea ho lelekisa lefifi naheng ena ea Thesele. Empa ha re sheba Likhakanyo tsa Lichelete tseo re li abetsoeng, joale re se re ipapisa le li-tender tse matsohong a rona re iphumana re tlamea ho notla, ele hore joalo ka ha Makhooa a bolela: “we cut our trousers to fit our waist”, andthe waist being the money allocated.
Ka mokhoa o otlolohileng holim’a Potso ea Morena oa ka oa Leribe, re hlokometse motse oa Lentsoaneng Sechaba se bokelletse Mokotla oa Chelete ena e M51, 858, 66. Ke bolele hore ruri ehlile Basotho ba ile ba sekolohela taba ena ea ho etsa mekotla Lesotho ka moka. ‘Me ha re arabela likopo tsa bona, ha re ipapise le hore na mokotla o seng o bokelletsoe o mokae; re sheba taba ea hore na libaka tse amehang na li pel’a katametso ea marang-rang a seng a ntse a le teng. Ke hobane ka tsela e joalo ho nolofatsa litjeo. Ke karolo ea leano.
Ea bobeli, re ithutile hore ka linako tse fetileng, ka mabaka ao re sitoang ho a toloka ho ne ho tloloa libaka tse ling, ho uoa ho tse ling. ‘Me taba eno, e se ebile e qhololitse Basotho hore ba khaole lipalo tsa motlakase libakeng tse ling, ba li bese ka lebaka la khalefo ea hobane joale ba utloisisa hore e ntse ele bakhafi naheng ena ea Lesotho, ba tlotsoe holimo. Re se re ikopela ho lona, Marena a ka, hore taba eo, leha re tseba hore e susumetsoa ke khalefo, kannete le bue le Basotho hobane ka ho etsa joalo ba liehisa hore ebe re ka tseba ho ananetsa taba ea motlakase.
Leano le teng hona joale ke hore ka 2030, re be re theotse taba ena ho tloha ho 2038 ho isa ho 2030 hore Mosotho e mong le e mong, a be a ena le khanya kahare ho ntlo ea hae. ‘Me ha ho ntse ho senyeha, ke ho bolela hore re khutlela morao ka tsona likhafa tsa Basotho hore joale re il’o lokisa moo ho senyehileng.
Taba ea boraro, ‘Muso oa Motlotlehi o ikelelitse hore re hloahe libaka ho li potlakisetsa kananetso ea motlakase, moo teng re shebang lintho tse tharo kapa tse ‘ne:
Ea pele, ke hobane ehlile kaha re kahare ho Selemo seo ka sona re ketekelang lilemo tse 200 Sechaba sa Basotho se thehiloe, ke hore re potlakisetse litšebelletso tsa motlakase to Historical places.
Ea bobeli, re shebe moo ho nang le litšebelletso tse kang Litsi tsa Bophelo, Likolo, Sepolesa le liofising tsa Marena, joalo-joalo ele libaka tseo ho tsona re ka potlakelang hore le fumane litšebelletso tsa motlakase ele hore le tle le tsebe hore le sebelletse Sechaba le na le tsohle tseo le li hlokang. Matsatsing ana ho se ho sebetsoa ka computer, kahoo re lebelletse hore Morena a be le computer moo a tla tseba hore a sebelletse Sechaba a na le tse hlokoang ke eena.
Ka lebaka lena, Morena oa ka oa Leribe, re hloahile sebaka sa Menkhoaneng ka mabaka a History le hobane joale ho na le merero e meng ea ho ntlafatsa sebakeng sa ho holisa bohahlauli ka hare ho sebaka seno, hore se fepeloe ka motlakase Moralong oa selemong sena sa 2024/2025 sa Lichelete. ‘Me haeba ha re etsa mosebetsi ono, ho tla ba le Chelete e joaloka ha ke boletse hore mokotlana o ntse o notleha, o tla kenyelletsa metse e kang ona o boletsoeng, e sebakeng seo sa ‘Mate. Re tla leka ka litsela tsohle hore re ananetse metse e joalo.
Karabelo ea ka e joalo, Morena oa ka.
Likhomo le manemane a tsona.
MR. VICE PRESIDENT: Morena oa ka oa Linare.
HON. SENATOR J. A. MOTŠOENE: Kea leboha, Mohlomphehi, empa ke nyanyeletsa. Che! O se a arabile tse ling tseo ke neng ke re ke tl’o li botsa. Empa ke re na Mohlomphehi Letona le Khabane ha ele mona ho bonahetse hore lipower-line tsena, lia sakhuoa, empa ebile leano e le hore motlakase o kene kahare ho naha mona libakeng tsohle, ha tumello e fanoa Maseru moo, ke neng ba tla etsa decentralise li-service ele hore liqeto li tle li etsetsoe ba phelang tlase metseng mane, ka ha bona ba tseba litlhoko tsa bona na?
MR. VICE PRESIDENT: Mohlomphehi Letona.
HON. MINISTER PROF. N. L. MAHAO: Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa President. Ka ‘nete Karabelo ea Mohlomphehi e ea utloahala. Feela, ke rata hore ho be le kutloisiso ea hore likarolong tse ling tsa Puso, ha ho bonolo ho etsa decentralise kabo ea lichelete. Lebaka ke hobane ha u sheba leano le khannang kabo ea lichelete, ke lane le sebetsanang le taba ea Puso ea Libaka. Ba bang ba e bitsa Decentralisation, athe ‘na ke re e tšoanetse ho bitsoa Devolution, ele hore meralo e qale tlaase, e ee holimo, eseng e theohe holimo e ea tlaase.
Empa, kabo le kananetso ea motlakase ha se e ‘ngoe e oelang tlasá leano leno la Decentralisation kapa la Devolution. ‘Me ka tsela eno, re tla ‘ne re tataisoe ke Molao o teng. Ho feta mono, litsebi tsa kananetso ea motlakase esita le phethahatso, ha li etsoe Lekaleng la h’eso mane la Libeso, empa letsoa ke Lefapha la Lesotho Electricity Company, hobane ke hona moo botsebi bo bokaneng hona teng. ‘Me ho tla ba thata ho bona hore ebe ba ka ba le litsebi tse tletseng libaka tse fapaneng kahare ho naha ea Lesotho.
Leha feela ke tšoents’oe ke hore ke etse qualify, Mohlomphehi Vice President, hore kannete literekeng mona teng ehlile re na le Bahlanka ba Lekala la haeso, bao mosebetsi oa bona eleng hore ba re lemose hore tlhoko e hokae esita le hona ho re thusa hore moo ebang ho hlokahala hore ho fanoe ka likarabelo tse haufinyane le moo Sechaba se phelang teng, eba joale ba tla re nyanyeletsa, ba okhe likarabo ho tloha mane Head-Office ea Lekala joale li tsebe hore li theohele Sechabeng.
Kea leboha, Mohlomphehi.
MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa ka oa Lioli.
HON. SENATOR S. M. G. MASUPHA: Kea leboha, Mohlomphehi. Ehlile ‘na Potso ea ka e bonolo, ebile e khutšoanyane.
Ke utloile hore Mohlomphehi o re ho latela moralo oa Puso ena e teng ea Letšolo, ke hore ho tsamauoe straight, ho se ke hoa uoa koana le koana, hobane, taba eno e baka hore ho tloloe metse e meng holimo.
E leng ho re, Mohlomphehi, u bolela hore letsatsing lee Basotho hore ba tlohelle ho etsa ntho ela ea scheme? Ke hobane scheme ke sena ha sena thuso!
Ke potso ea ka ka bokhutšoanyane, Mohlomphehi. Ha ke batle le ho ea hole!
MR. VICE-PRESIDENT: Mohlomphehi Letona le Khabane.
HON. MINISTER PROF. N. L. MAHAO: Mohlomphehi Vice President, le haeba Morena oa ka o na le litšekamelo, a re Puso e koapanetsoeng! [LITS’EHO…], hobane joale ha a se a e bitsa ka Puso ea Letšolo, o se a mpehelletse ka thoko! O ne a ka ‘na a botsa Mohlomphehi mane. A re, ‘Puso e kopanetsoeng, e etelletsoeng pele ke Letšolo’, hobane it is more accurate that way.
Empa ha ke arabele kannete Potso ea Mohlomphehi, hobane Karabo e ea hlokahala. Ke rata hore ke hlalose taba ena ea Scheme, ‘me ke kopa Marena a ka Bahlomphehi ka mona kannete ba khothalletse Basotho ho kena li-scheme, hobane nako eo ho il’o hokeloa, batho ba seng ba ntse ba le teng ka hare ho scheme ba ea hokeloa. Joale ho etsoe qeto e tjena, hoba re ithutile hore Basotho ke batho ba shebellanang. Ha ba hlokomela hore ba ka hare ho scheme ba hoketsoe, ba qala scheme sa bobeli. Joale ba re qosa hore re boele re khutlele morao sebakeng seo re ne re nahanne hore re se fetile. ‘Me taba eno e etsa hore joale re liehise ho ea fihla libakeng tse ling.
Ka lebaka lena re entse qeto e tjena re le Lekala, hore ha re fihla sebakeng re hokela Mosotho e mong le e mong ea sebakeng seo, eba o ka hare ho scheme kapa ha a ka hare ho scheme. Feela ea seng ka hare ho scheme a tsebe hore litjeo tsa hae tsa ho patalla motlakase li tla kenyelletsa hore ebe o ne a sa patala scheme. ‘Me ka tsela e joalo re re kannete khothalletsang Basotho ba kene ka hare ho scheme, ele hore e tle ere nako eo ba patalang litjeo tsa motlakase oo ba o sebelisang li se ba imele. Re sebetsa taba ena molemong oa efficiency ea hore re se iphumane re tlameha ho khutlela sebakeng hangata, hobane joale ho se ho e-na le scheme se seng hape; athe Basotho ba ka be ba kene ka hare ho scheme.
Li-scheme lia thusa, li bebofatsa litjeo tseo batho ba batlang motlakase ka tsona, ‘me kannete rea khothalletsa.
Joale le tabeng ena ea ho tlola libaka, ke leano la Lekala la haeso hore kannete ka mokhoa oo re ka khonang hore re phethe kateng, re se hlole re tlola libaka, hobane ha lithapo li matha ka hare ho sebaka sa haeno, mohlomong ka nako e ‘ngoe ebile li tsamaea ka hare ho tšimo ea hau kapa hare ho jarete ea hau, joale empa uena u sa une molemo ka motlakase ono, ena le ho khopisa Basotho.
Re leka ho e hlaola, but Bahlomphehi ba utloisise hore this is the legacy of the past, ‘me ho tla re nka nako hore re e hlaole taba eno, ele hore hohle moo lithapo li fetang teng, Basotho ba tsebe hore ba une molemo ka phepelo ea motlakase.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa Thaba.
HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Mohlomphehi, ke re feela ke botse Letona le Khabane na o elelletsoe hore ho na le bosholu bo tšabehang ba ho retla matlo lithapo? Ke e mong oa li-victim mane ntlong ea ka e Ha-Tšosane. E re tluoe every ntho eo ho thoeng ke khoele kahare! Ke tlamea ho liha ceiling, joale ebe ele hona ke etsang re-wire hape.
Na o elelletsoe ka bosholu boo? Ebe steps tseo a ka li etsang ke li fe to curb bosholu boo?
Kea leboha, Ntate, kea bona u se u ntse u mpontša nako, Ntate.
MR. VICE-PRESIDENT: Litho tse Khabane, ke bona hore joale re tl’o qobelleha hore ke le kopele hore le ekeletsoe nako, hobane joale nako e se e ntse e tl’o fela. So, e re ke u fe monyetla, Honourable Senator Monatsi.
HON. SENATOR S. H. MONATSI: Ke kopa ho botsa Ntate Letona.
Ke u lebohe, Ntate Vice-President.
Ke kopa ho botsa hore na ebe li-scheme tsane tsa khale, tseo esale re fana ka tsona tsa Sechaba metseng koana ka ho fapakana, tseo ekang motse oa haeso oa Sefate esale o li lelekisa ka lilemo-lemo na tsona li ntse li hlahlojoa na? Kapa ho hlahlojoa tse ncha na?
Mapholaneng mane ho na le motse oo ho thoeng ke Sefate, Ntate Letona, ebile hape ka mane ka moo ho ntseng ho chekoa metsi ka Malingoaneng ha Morena oa Batlokoa ha ho motlakase. Ebile sutu ea Morena e ile eaba ea chesoa ke candle, Morena a hloleha ho tla mosebetsing ke lebaka la hobane sutu ea hae e chele ke candle, ha a na motlakase.
MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Minister of Energy.
HON. MINISTER PROF. N. L. MAHAO: Mohlomphehi, kannete ke soabile ka sutu eno ea Morena
[LITS’EHO…]
Morena oa ka oa Likonyela, ak’u le thuseng le reke sutu eo ea Morena e chesitsoeng ke candle [lits’eho…]. Ha ho sa tšoanela hore ebe ho ntse ho aenoa lisutu matsatsing ana, ka aene ena ea lisu.
Empa haeba Setho se Khabane se bua ka sebaka sa Mapholaneng, khoba matšoafo. Ke tla u atamela pele likhoeli tse peli li fihla ke tl’o tla thakhola hore u fumane motlakase moo Mapholaneng, Morena oa ka. Ha ho hlokahale le hore u tle Ofising [LIATLA…], ke ‘na ke tla u joetsa hore kea tla. ‘Me ke re u se mphe likhoeli tse fetang bobeli ho tloha hona joale, kea leboha.
Ena ea Morena oa Thaba, e thatanyana, Morena, hobane joale haeba litaba li etsahala kahará majarete, ese ele thata, hobane joale tebello ke hore sebaka sa majarete se be boliseng ba beng ba thepa. Empa kannete re hlokometse ho retla hoa thepa ea motlakase ho etsahalang ka hare ho libaka tsa rona, haholo hona sebakeng seno sa Tšosane ho ea fihla sebakeng sa Mokhethoaneng. E ea etsahala taba ena, ‘me re rata hore re hlokomelise baetsi ba liketso tsena hore ho kena-kenana le thepa ea motlakase ke tlolo e kholo ea Molao. ‘Me ba tla fumanoa ba entse liketso tseno ruri likotlo ke tse kholo haholo, hobane joale ba senyetsa Sechaba.
Nka tiisa hore Sepolesa se ne se tlositsoe ka mane ka Lesotho Electricity Company,’me re se khutliselitse hona ka teng ka sepheo sa hore se sale morao liketso tsa botlokotsebe thepeng ea motlakase, re tširelletse thepa eno ea Sechaba ele hore Sechaba se khaotse ho lla moo se seng se iselitsoe litšebelletso.
Kea leboha, Morena oa ka.
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane.
Litho tse Khabane, ke hlokomela hore re salletsoe ke metsotso e mehlano pele re fihla nakong ea lijo. Ke rata hore pele re fetela Lipotsong tse ling tsa ho qetela tse peli tse hlahlamang – e ‘ngoe ebile ha ke bone Mohlomphehi Letona.
E leng hore e ka ‘na eaba re setse ka Potso ele ‘ngoe e tla arajoa.
Question to suspend Standing Order Number 16 put and agreed to.
MR. VICE-PRESIDENT: Ke kopa hore re tsoele pele, Litho tse Khabane.
Honourable Senator Moholobela.
HON. SENATOR M. T. MAKHAOLA: Ke ema ka Potso ea 39 ebile ke e nyanyeletsa.
QUESTION 39. EXPLANATION IN REGARD TO HA RAPOKOLANA SPORTS CENTRE.
HON. SENATOR M. T. MAKHAOLA: ‘To ask the Minister of Sports the following questions with regard to Ha Rapokolana Sports Centre:
(i) What is the current condition of the facility?
(ii) How much money was spent to rehabilitate the facility during the Region 5 games?
(iii) What disciplinary action was taken against officials who stole government property at the facility?
(iv) What is the Ministry’s Plan going forward?’
MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Member, ere a arabe pele! E re Letona la Lipapali le arabe pele, u tla nyanyelletsa ha a qeta ho araba.
Honourable Minister of Sports. Honourable Minister of Foreign Affairs.
HON. MINISTER M. LEJONE (Minister of Foreign Affairs on behalf of Minister of Sports): Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Ntlo.
Karabo ea Potso ea 39 e baleha tjena:
Ke ile ka nka leeto la ho ea hlaloba sebaka sena ka khoeli ea Motšeanong le Bohlanka ba Lekala, ‘me ka fumana hore marulelo a mang a meaho ea sebaka sena a ile le moea o neng o hlalosoa hothoe ke leholiotsoana le ileng la fihla tikolohong eo. Boemo bona bo ne bo etsa hore sebaka sena se seke sa sebeliseha.
Ke boetse ke fumane Tlaleho ea hore ka nako ea Region Five Gamesho sebelisitsoe Chelete e kaalo ka M16, 131, 000 (E leng Sixteen Million, one hundred and thirty one thousand Maloti). Tlaleho e bontša, ho ile hoa lokisoa swimming-pool le tsohle tse amanang le eona tse kenyelletsang packaging refurbishment, reticulation of water treatment plant. Ho boetse hoa lokisoa tsela e fihlang sebakeng seo har’a tse ling tse bonahalang li ile tsa nka chelete e toma.
Ke fumana Tlaleho ea hore Bahlanka ba amehang bosholung ba thepa ea sebaka sena ba ile ba nkeloa Komiting ea Boitšoaro, ‘me Administration Officer a tebeloa hang-hang, ha ba neng ba sebetsa tlas’a hae ba ile ba fuoa verbal warning.
Thepa e utsuoeng e kenyelletsa fridge, washing machine, couch le curtains.
Ka morá ho ithuta boemo ba sebaka sena, re lumellane ka hore Bohlanka bo ntše memo hang-hang, ea boiketo ba likhoebo tse lakatsang ho tsamaisa sebaka sena. Ha re ntse re tsamaea methati ena, ke fumane hape hore e ‘ngoe ea likhoebo tsa Lesotho e bitsoang Sigma e entse kopo ea ho sebelisa sebaka sena hoa nakoana, ‘me e beha tafoleng hore e ka thusetsa ho rulela le ho lokisa hohle moo ho senyehileng.
Re ile ra amohela kopo ena, ka ha joale ene e re bebofalletsa hore khoebo e ka khahloang ho sebetsa le rona e tle e fumane sebaka se batla se le maemong a matle.
Moralo oa rona o moholo ke hore sebaka sena se sebetse. Re lakatsa hore libapali tsa Lesotho, tse ikoetlisetsang maemo a phahameng a lipapali, ba fumane monyetla oa ho ikoetlisetsa mona. Ka tsela e ts’oanang le libapali tse tsoang linaheng tse ling li fumane monyetla oa ho koetlela sebakeng se ts’oanang ka mokhoa oa Sports Tourism.
Ke karabo ea Potso ea 39, Mohlomphehi.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi Letona.
U ka ba le potso e nyanyeletsang, he, Morena oa ka oa Melele.
HON. SENATOR. T. MAKHAOLA: Kea leboha, Mohlomphehi.
Ke ne ke re Rapokolana, lilemo tse fetang leshome tse fetileng, ke ne ke itsoela haeso koana, ke se ke ithaopela hore nke ke pote, ke il’o sheba feela. Mohlomphehi, ha ke fihla ke fumane ka’nete tlouhali feela e ts’oeu, e bothile mono. Ke re, ‘hele, tlou ee, banna, ha e ne e ts’oanetse ebe e hula majoe koaa, re sebetsa ka eona’! Ke sebaka se ntlafetseng, le sebaka sa ho fihlela se teng mono. Ho tla joang, Mohlomphehi (Ke potso ea ka ea pele eo ke ipotsang, ke e fetisetsa ho uena) hore lilemo-lemo tsee Rapokolana e le teng, ka’nete ebe hoban’eng e ile ea etsoa neglect?
Ka kena ka har’a gym ea teng, Mohlomphehi! Ka’nete mahlabisa-lihlong! Re bona likheo feela ho lisebelisuoa tsa gym, ha ho na letho! Ka’nete le tlaleho ena e fanoang – ka ntle le haeba ho ile hoa boeloa hoa etsoa replacement.
Tlaleho ena, Mohlomphehi, ea hore ho utsoitsoe fridge le eng, le eng! Ke lintho tse ngata haholo tse ileng Ha Rapokolana mane. Le sebaka seno ka bosona se soahlamane ka lilemo tseno tse fetang leshome tseo ke neng ke ile. Ka ntle le haeba ka morao ho tsona ho na le letho.
Na ebe, Mohlomphehi, (Lekala ha se la hau kea tseba, joale taba ke hore na karabo eno eo u e filoeng na ebe ke eona, kapa che, e ne e se e le hore feela – hobane e ka ‘na eaba Mohlomphehi o ne a nahana hore ha ho na batho ba eang ka mono. ‘Na ke ile ka ea, kea tseba, 10 years back)…
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Morena oa ka oa Melele.
Honourable Minister of Foreign Affairs.
HON. L. MPOTJOANE: Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli.
Ke mpe ke kholise Setho se Khabane hore Lekala ke la ka. Collective responsibility e ntlama hore ke arabe lipotso tsena ehlile ke le Letona le ikarabellang.
Joale ka ha a bonts’a, ehlile ho bile le bohlasoa ba moralo, hobane ha ho nepahetse, moo lichelete tsa sechaba li il’o sebetsa morero o moholo hakaalo, ho n’o lokela ebe ho hlakile hore na ha ho phetheloa moaho, ho tl’o etsahala eng ka oona. Sena seo re se bonang, se bonts’a bofokoli bophethahatsing ba morero oo o moholo, ‘me re le Lekala re se re hlile re its’oetse mokhubu ka bohlasoa bo bokaalo le ho tiisetsa sechaba hore re lokela ho matlafatsa ts’ebetso ha re ea re lebane le merero e meng e meholo joaloka ono, hobane sepheo e ne e le hore sebaka seno se sebelisehe, se be se re tsoele molemo re le sechaba sa Basotho, ka lebaka la chelete e ngata ea ‘Muso e sebelitseng ho aha sebaka se joalo.
Kea leboha, Mohlomphehi…(LITLATSE)…
MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Senator Kanetsi.
HON. SENATOR M. KANETSI: Kea leboha, Deputy President, Ntate Letona le Litho tse Khabane.
QUESTION 43 on LESOTHO’s FOREIGN POLICY
Hon. Senator M. Kanetsi asked the Minister of Foreign Affairs and International Relations the following questions regarding the Kingdom’s Foreign Policy:
(a) When is the formation of Lesotho’s Foreign Policy;
(b) When was it last reviewed;
© How many embassies and consulates does Lesotho have across the world; and which are those;
(d) What tangible milestones beneficial to Lesotho have the foreign missions brought to Lesotho over the past decade (2014 – 2024);
(e) Does Lesotho intend to cut down some of her missions abroad which have failed to bear fruit;
(f) Are there efforts to open new strategic missions in the near future, and in which countries?
HON. L. MPOTJOANE: Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli le Litho tse Khabane.
Ke hle mpe ke bonts’e feela re sa le sethathong hore potso ena e ngolehile ka mokhoa o molelele haholo, empa ke tla leka ho akaretsa karabo ea ka hore e tle e tsebe hore e fihlele ho Litho kahohle. Empa molemong oa Ntlo ena e Khabane, re tla fana ka karabo ena e ngotsoeng.
Molaoana oa naha ea Lesotho oa Litaba tsa Machabeng o bopiloe ho ikamahantsoe le litaba tsa puso tsa Morena Moshoeshoe I, e leng litaba tseo a neng a ee a re: ‘khotso ke khaitseli ea ka.’ Re nka Morena Moshoeshoe I e le the top diplomat ea naha ena ea Lesotho, hobane o atlehile ho theha sechaba sena sa Basotho ka ho sebelisa ntho e bitsoang Foreign Policy, moo a neng a bopa likamano le bohle ba ahisaneng le eena.
E leng ho re Molao oa rona hape-hape o boetse o ela hloko bohlokoa ba ho hlompha baahisani le ho qoba ho kena-kenana le litaba tsa bona. E leng ntho e bitsoang territorial integrity and none-interference with the internal affairs of our neighbours.
Molaoana oa rona o boetse hape-hape o bopiloe ka ntho e bitsoang multi-asterism, e leng moo re reng naha ea Lesotho e tla ba setho ka hare ho Mekhatlo ea Machaba, ‘me ehlile re Setho se lefang botho ka hare ho Mekhatlo ea Machaba, ho kenyelletsa le United Nations, the African Union, SADC…Movement, Commonwealth and SACU le tse ling.
Re boetse hape-hape re bopile Molaoana ona oa rona oa Likamano tsa Machabeng ka principle e bitsoang bilateralism, e leng likamano tsa naha ho e ‘ngoe, moo naha ea habo rona ea Lesotho e nang le likamano le linaha tse ‘maloa tsa lefats’e, ho qala ka baahisani ba rona. Re na le likamano, ntho e bitsoang official bilateral relations le linaha.
E leng ho re litaba re ka li bua Mekhatlong ea Machaba, empa re boetse hape-hape re na le sebaka moo re buang litaba tsa likamano tsa rona le linaha ka ho fapana hoa tsona, ‘me e se ehlile e le linaha tse ngata haholo tseo ehlileng re nang le likamano tse otlolohileng le tsona.
Re boetse hape-hape re na le principle ea Diaspora engagement. Diaspora engagement ke moo re reng na Basotho ba phelang ka ntle ho naha ea Lesotho bona ebe re etsa joang hore re ba sebelise, esita le ho bona hore ba kenya letsoho ho matlafatsa moruo oa naha ena ea habo rona ea Lesotho.
Molaoana ona oa rona o re lumelletse hore re be le ntho e bitsoang Diaspora Policy, e re thusang hore na re matahana joang le bana bao babo rona ba Basotho.
Re se re hlile re hloauoe re le champion ea ntho e bitsoang migration tlas’a Mokhatlo oa Lefats’e o bitsoang OIM, ‘me taba eno e bonts’a kholo ho rona re le naha ea Lesotho hore tikolohong ena eo re leng ho eona, re bonahala re ts’oere litaba tseo tsa ho sebetsa le ho sebeletsa Basotho ba phelang ka ntle ho naha ka tsela e batlang e le pejena.
Re boetse ebile re tseba le ho hohela botseteli hore litaba tsa ts’ebetso le ts’ebeletso ea Basotho ba phelang ka ntle ho naha re tsebe hore re li matlafatse.
Re boetse re na le sepheo hona tabeng eona eo ea Diaspora Engagement, hore re le naha ea Lesotho, ha maemo a ka re lumella, ebe rona ba ts’oereng ofisi e bitsoang African Diaspora Investment Fund, eo re leng moralong oa hore re sebetse litaba tseno le African Union, hore re qetelle bana ba Afrika eohle ba na le an Investment Fund eo head office ea eona e tla ts’oaroa mona Lesotho. Morena a re thuse, re atlehe tabeng ena e kholo.
Potso e ‘ngoe ke hore na Molaoana ona o qetetse ho hlahlojoa bocha neng. Lekhetlo la pele ha Molao ona o qala ho ba teng ke ka selemo sa 2013, ‘me o ile oa hlahlojoa le ho amoheloa ke Lekhotla la Matona ka 2021.
Sepheo ke hore pele Selemo sena se fela sa Lichelete ra be re hlahlobile Molaoana ono bocha ho bona hore rea o matlafatsa.
Karolo e ‘ngoe ea Potso ena ke e batlang hore na ebe re na le matlo a makae a bonqosa lefats’e ka kakaretso. ‘Nete eo re lokelang ho e lemoha ke ho re Lesotho ke e ‘ngoe ea linaha tse nang le boemeli bo tlaase kapa bo bonyenyane ka ho fetisisa.
Ke hle ke li thathamise ka hore mona Africa – Continent eohle ea Africa re na le boemeli linaheng tse peli feela, e leng Africa Boroa (Pretoria), re boetse re na le boemeli Ethiopia.
Taba eno e bolela hore ho thata haholo ho fihlela linaha tseo re nang le likamano le tsona, hobane li teng kaofela ha tsona Africa mona linaha tseo re nang le likamano le tsona. Haeba li tla tseba ho akaretsoa ke batho ba babeli feela, e ba mosebetsi o thata ka tsela e khethehileng.
Re boetse tikolohong ea Europe re na le metebo – re na le motebo London, Rome, Brussels, Dublin, Berlin le Geneva. Mane North America re na le motebo Washington DC, Ottawa. Asia re na le motebo Beijing, Tokyo le New Delyn. Middle East re na le motebo Kuwait.
Mona Africa Boroa re boetse re na le metejoana e leng ho bitsoang li-Consulate. E ‘ngoe e Johannesburg, Durban, Welkom le Klerksdorp. Ke ka lebaka la hobane lipalo tse ngata haholo tsa Basotho ba hlokang bosebeletsi li le hona mona Africa Boroa.
Ka kakaretso metebo ena eo re nang le eona lefats’e ka kakaretso – ke lebetse oa ho qetela e leng New York e leng motebo oane o lutseng mane Ntlo-Kholo ea United Nations.
Metebo ena eo re nang le eona lefats’e ka kakaretso e 14, ‘me metebo-ntloana eo re nang le eona e 4 mona Africa Boroa. Ka hona ha re etsa kakaretso rea bona hore ehlile re na le libaka tse ngata haholo tseo re lokelang hore ebe re na le boemeli moo re ntseng re se na bona ka lebaka la lipheo tsa lichelete, hobane ho ba le Ofisi ha se ntho e bonolo haholo, e hloka lichelete hore re tle re tsebe ho e etsa maintain.
Karolo e ‘ngoe ea Potso ke ho re na re atleha ho fumana eng e ts’oarehang ka bosebeletsi bona boo re nang le bona. Ke rata hore re behe Ntlo ena e Khabane leseling hore ho hong le ho hong hoo re ho bonang ka har’a naha ka mona, hoo e leng ntlafatso eo re e sebetsang le naha e ‘ngoe e hlahang kantle ke mosebetsi oa metebo ena ea rona e fokolang.
Ke tla etsa mohlala ka tse fokolang feela tseo re li tsebang. Re na le tsela ea Mpiti – Sehlaba-Thebe e neng e thakholoa maoba mona, eo re tsebang hore ke phallelo ea ‘Muso oa China. E leng ho re ke mosebetsi oa motebo oo oa rona oa China o sebetsa le liofisi tse ling tse hae mona hore ebe re ile ra ba le the negotiations, ra ba ra qetella re atlehile ho fumana phallelo e joalo.
Re boetse re na le Sepetlele sa Maseru se qetang ho thakholoa maoba mona. Ke karolo ea likatleho tsa mosebetsi ona oo re ntseng re bua ka oona.
Mane Seterekeng sa Mafeteng re na le Ramarothole Solar Project, ke karolo ea likatleho tsa mosebetsi ona.
Re boetse hape-hape re na le Agricultural Machinery Equipment eo re eeng re e abeloe. Maoba mona li ne li fihla li hlaha naheng ea Korea, tse ling li tla fihla haufinyane ho hlaha hona naheng ea China.
Ha se khale haholo ha ho ne ho thakholoa Compact 2, ena eo re e sebetsang le naha ea America. Ke litaba tsa mosebetsi oa metebo ena eo re nang le eona.
Ka holimo ho mono, likatleho tse ling tse kholo haholo, tseo li ke keng tsa bonahala ka lichelete kapa ka setene, ke ho boloka likamano tsa machaba le linaha tse ling.
Motebo oo re nang le oona naheng ea Ethiopia o re boloketse likamano tse ngata haholo le linaha tsa Africa. Motebo oo re nang le oona mane New York o re boloketse likamano tse ngata haholo le linaha tsa lefats’e ka kakaretso, esita le ho aha tse ncha. Ke mosebetsi oo ka nako e ‘ngoe ho seng bobebe hore re o behe mona re re, ‘le ka bona, chelete ke ena e tlile kapa le ka bona, moaho ke ona o phahame’.
Ho boloka likamano le naha e ‘ngoe ke mosebetsi o mongata haholo o nkang nako e ngata haholo hore re tsebe ho atleha ho o fihlela.
Ke e ‘ngoe ea lintho tse thusang hore leetong lena leo re leng ho lona la boiketo la ho ba Mongoli Kakaretso oa Commonwealth ebe ho na le linaha tse reng lia re ts’ehetsa. Linaha tseno li re lia re ts’ehetsa hobane re na le likamano tsa nako e telele tseo esale re li bolokile le tsona.
Ha re ka atleha ho fumana boikarabello bono bo boholo e tla ba katleho e ‘ngoe hape-hape e kholo haholo ea bosebeletsi bona ba Lekala lena la tsa Machabeng.
Ke kopa ho mathela mokhahlelong o mong oa Potso oa hore na ebe re na le maikutlo a ho fokotsa. Joalo ka ha ke se ke bonts’itse hore ka ‘nete re se re ntse re le ba tlaase haholo ka lipalo, ho fokotsa ho ka re beha tsietsing haholo ea hore joale re sitoe ho fihlela mosebetsi. Hantle ho nepahetseng ke ho re ha lichelete li re lumella re eketse.
Ka hona, re ile ra fokotsa Ofisi ea Malaysia Bahlomphehi haeba le tla hopola, ‘me taba eno ea ho fokotsa Ofisi eno e ekelitse mosebetsi haholo oo re neng re ntse re tseba hore re o fihlele ka motebo ono.
Ke tla etsa mohlala feela o haufinyane – motebo oa rona o naheng ea Japan o etsa mosebetsi o mongata haholo ho Region eno ea Asia, ho ea fihla bo-Australia le New Zealand le lihleke-hlekeng koana, e leng mosebetsi o seng bonolo haholo.
Morumuoa oa rona o ee a tsamaee a ee mosebetsing a be a khutlele hae konteraka e fele a e-s’o atlehe ho fihla linaheng tse ling, even just to present the credentials, ka lebaka la bophara ba mosebetsi ono oo a ntseng a o etsa.
Potso e ‘ngoe ke ho re na ebe re na le mohopolo oa ho bula metebo e meng e mecha libakeng tse ling tseo re nahanang li bohlokoa. Ka ‘nete ke ‘nete e teng ea hore re na le thahasello ea ho etsa joalo ho latela libaka tse bohlokoa haholo tseo re lokelang ho fihla ho tsona.
Ka metebo ena e menyenyane re lemohile hore e ne e lutse libakeng tseo merafo e neng e le ho tsona khale. Litila-tile tsa Basotho li se li fetetse libakeng tse ling moo re ntseng re se na metebo-ntloana. Libaka tse kang Cape Town le Bloemfontein ha re na letho, feela re na le lipalo haholo tsa Basotho ba hlokang bosebeletsi. Re ntse re na le mohopolo oa hore re ke re li shebe bocha, re bonahale re le teng.
Likamano le linaha tse ling joaloka Botswana li ntse li hola, ‘me re na le mohopolo oa hore re ke re bone hore na re ka etsa’ng hore re ka ba le boemeli linaheng tse kang tseno.
Re tla lemoha, Bahlomphehi, hore sebakeng sa South America ehlile ha re na letho ho hang tikolohong eno, ‘me linaha tseno tse mono boholo ba tsona ke tseo re nang le likamano le tsona, tseo ho hlokahalang hore re bone hore na re ka etsa joang ho ba le boemeli.
Ha re sitoa hore re ka hla ra bula o mocha, mohlomong re tla lokela re shebe hore na ena e seng e ntse e le teng re ka etsa joang ho fokotsa bosebeletsi, re arole, re e’o ba teng sebakeng seno.
Ho bohlokoa haholo hore re be le basebetsi ba ka tsebang ho etsa mosebetsi, hobane e re nolofalletsa likamano, e re matlafalletsa hore re hohele bo-Ramatsete hore ba tle ka har’a naha, esita le bohahlauli, ha re tseba ho thetsa libaka tseno ka linako tsohle.
Kea leboha, Bahlomphehi.
HON. SENATOR M. KANETSI: Potso.
Mohlomong potso e salletseng morao ke ho re na since Puso ena e qetang ho kena e fihla, ha le fihla le bone liphephetso tsa mofuta ofe kantle le litaba tseo tsa ho hloka lichelete? Ekaba ke liphephetso life tseo le li fumaneng metebong kapa ho li-embassy tse se ntse li le teng na?
HON. SAENATOR T.M. MAKHAOLA: Kea leboha, Mohlomphehi. Potso ea ka e khuts’oanyane haholo. Ke ne ke re na ebe boemeli ba Lesotho linaheng tsee tsa Machaba na bo etsa hore region ka ‘ngoe – joalokaha ebile bo fokola haeba ke re, mohlala, South Africa haeba Basotho, che ke haufinyane. Ke re koana Ethiopia koana haeba ho na le Basotho ba linaheng tse haufi, na region kapa boemeli bo etsa hore region e tsebe hore ho na le boemeli ba Lesotho sebakeng sa linaha tsee tse haufi le hore Basotho bao ekabang ba ka ba le bothata ba ka thusoa mohlomong e ka ba ka mokhoa oa li-phone, joalo-joalo?
Ke etse mohlala ka ‘na, Mohlomphehi. Ka 2020 – ebile e ne e le nakong ea Covid-19, ke se ke tloha le bakhotsi ba ka ba Lesotho mona re ea mothamahaneng Dubai, joale ebe ha re fihla mono tsa cha! Joale eare ka ‘nete ha re qeta ka mothamahane oa rona ebe ho ba le crisis ebe re batla consulate ea Lesotho, Middle East. Joale ka ‘nete ke hona ke hlomang honajoale hore consulate eo rona re neng re e batla ke ea Abu Dhabi, joale eaba ha e eo le bona ha ba tsebe hore na ka ntle ho moo ebe consulate ea Lesotho e be e hokae.
Potso e ne e le hore na ebe le etsa hore region e tsebe moo boemeli bo leng teng le hore na…
MR. VICE-PRESIDENT: E hlakile.
Mohlomphehi Letona!
HON. MIN. M. MPOTJOANE: Mohlomphehi Vice-President, ke kopa ho qetela litaba tsena ka hore ke tle ke qale ka potso ea Morena oa Melele hore ehlile moo re nang le moemeli a alositseng linaha tse ‘maloa re ee re re o etsa present credentials. Ke ho bolela hore o ea naheng eno ebe oa itlhalosa hore, ‘ke moemeli oa naha ea Lesotho naheng ena le ena, leha e le mona ke lula naheng ena’.
Re ee re ba bone bana ba linaha tse ling ba lutseng Pretoria ha ba tla mona ba tl’o itlaleha ho Motlotlehi hore le Lesotho mona ehlile re teng.
Ka holimo ho mono re na le batho bana ba bitsoang li-Honorary Consuls. Honorary Consul ke motho oa naha eona eno eo joale a reng, ae, likamano tsa linaha tsena tsa haeso le Lesotho ke ‘na ea tla nka boikarabello, ofisi e tla tsamaisoa ke ‘na.
Re na le bona ba le bangata haholo bano ba li-Honorary Consul lefats’e ka kakaretso, ‘me ha u ka ua tseba hore u re ts’oare eba u se u na le bothata u le naheng e ‘ngoe re tseba hore re u thuse ka motho eo ea haufi, hobane joale ha u le Abu Dhabi joale u batla thuso ea Embassy e Qatar ke bothata bo ts’abehang!
Re na le Honorary Consul hona mono Abu Dhabi ea ka beng a tsebile hore a u thuse.
Honourable Senator Kanetsi o buile ka taba ea liphephetso. Ka ‘nete ke kopa ke se ke be ka ala leleme phate kaha li ngata haholo, empa e teng e kholo eo re hlileng re e fumaneng ke eona ea khahello ea lichelete hore ha u romella bahlanka hore ba ee mosebetsing joale u sa ba fa lisebelisuoa, ehlile ba lula feela ha ba etse mosebetsi.
Re ee re iphumane re romme bohlanka joale chelete e le sieo ea hore ba il’o phetha mosebetsi, ebe motho o tla ea mono ebe o ofising. Mosebetsi oa Foreign Affairs is actually foreign. Ha u na le mohlanka oa Foreign Affairs a se na chelete ea hore a tlohe mona a fihle mono a etse mosebetsi o tla lula ofising mono e be ha a phethe mosebetsi.
Taba ea bobeli eo re e fumanang e le qholotso e kholo haholo ke hore meaho ea naha ena ea ha bo-rona e koana Machabeng e na le nako e telele haholo ka ‘nete e se e sa ts’oaroe! E se e le boemong bo bobe haholo hoo libakeng tse ling babusi ba linaha tsena kapa litorotsoana tsa libaka tseno ba eeng ba re mohlomong ho molemo hore re hle re nke sebaka sena re se rekise, hobane joale lona le le beng ba sona ha lea se hlokomela.
Ea ho qetela eo ke ratang ho e thetsa, Bahlomphehi ba ka, ke hore mosebetsi ona oa tsa Machabeng o ile oa nkoa mohlomong ka tsela e fosahetseng e le mosebetsi oa boiketlo, oa batho ba romelloang koana hore ba il’o iketla, ‘me ke mosebetsi o tsekisanoang ka lipolotiki e re leha ba se ba ile ka lipolotiki ebe ba ea loana ka tsona lipolotiki ha ba etse mosebetsi.
Ke eona qholotso e kholo eo re tobanang le eona ea liqabang tse kahar’a bohlanka, hobane ba na le chebo ea lipolotiki e fapaneng ebe joale ba sitoa ho etsa mosebetsi joale ke likhang tsa bona tsa lipolotiki. Ke e ‘ngoe ea liqholotso tse kholo haholo eo re seng re ntse re e rarolla ka hore re etse professionalize the foreign service.
Kea leboha, Mohlomphhei.
(LIATLA)
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Letona le Khabane.
Ka ho etsa joalo e ne e le ha re phethela mokhahlelo ona oa Lipotso, Litho tse Khabane.
Ke ne ke re pele re phethela mosebetsi oa letsatsi lena ke mpe ke le tlalehele, Litho tse Khabane, hore Tafole ea haeso e mphile tlaleho mona ea hore re na le bothata ba motlakase o bonahalang o le sieo, joale bothata bona bo tsoetse mathata a mabeli.
Ba pele, ke ba hore le ne le ts’oanela hore le fumane likopi tsa Lipolelo tsena tse entsoeng ke Bahlomphehi Matona ebe Ofisi ea rona e entse likopi joale ebe likopi tsena lea li fumana, joale empa Ofisi e sitoa hore e etse likopi tseno, feela e tla li etsa le se le tla li fumana hosane.
Bothata ba bobeli, ke ba hore hosane ho na le Tlaleho e ts’oanelang ho tla fanoa ka mona ka Ntlong, e holim’a workshop eo Litho tse Khabane li neng li ile ho eona ea Gender Mainstreaming Workshop for Parliamentarians. Le eona ka tsela e ts’oanang ba sitoa ho etsa likopi tsa teng hore ba li atise hore le tsebe ho li fumana, feela eona e tl’o tla e romelloa ka marang-rang mehaleng ea lona, kahoo re kopa hore le re lumelle hore e romelloe ka marang-rang. Joale empa le eona hang ha litaba tsa motlakase li lokile ba tla e lokisa e le hore le tle le e fumane hosane le eona Tlaleho eno.
Litsebiso tsa ho qetela tseo ke mpang ke le hopotsa tsona ke tseo ke ileng ka li bua hoseng koana, Litho tse Khabane. Ke ea hore Business Committee e tla kopana ka mane ka Library hang ha Ntlo e phomola. Re ile ra etsa tsebiso eno.
Ea ho qetela, ke ea hore le hopole ho tla le li-ID hosane, hobane I.E.C e tl’o tla e le ngolisa ho aha sesiu se secha (ke ile ka hlalosa hore e qhalile sesiu joale ba ile ba re, Litho tse Khabane, ba mpe batle ho lona koano ba tl’o tla ba le ngolisa hosane; le tsebe ho kena kahar’a sesiu seno se secha seo ba se ahang).
Kea leboha, Litho tse Khabane, taba ena e re fihlisa pheletsong ea mosebetsi oa rona oa kajeno, ‘me Ntlo e tla phomola hofihlela hosane ha hora ea leshome e fetile ka metsotso e mashome a mararo hoseng.
ADJOURNMENT
There being no further Business on the Order Paper, Mr. Vice-President adjourned the House without Question put, pursuant to Standing Order No. 16 (3).
The House was adjourned at 1327hrs.