KINGDOM OF LESOTHO
PARLIAMENTARY DEBATES
DAILY HANSARD
OFFICIAL REPORT OF THE SENATE
6th Meeting – First Session
Eleventh Parliament
Date: Thursday 22nd August, 2024.
LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG
1.Hon. Seeiso B. Seeiso | Principal Chief of Matsieng |
2. Hon. Joel A. Motšoene | Principal Chief of Leribe |
3.Hon. Sempe Gabasheane Masupha | Principal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan |
4.Hon. Mamolapo M. Q Majara | Principal Chief of Ha Majara |
5.Hon. Tumane Matela | Principal Chief of Makhoakhoeng |
6.Hon. Moeketsi Moletsane II | Principal Chief of Taung |
7.Hon. Lerotholi Mathealira Seeiso | Principal Chief of Mokhotlong |
8. Hon. Lerotholi L. Seeiso | Principal Chief of Likhoele |
9. VACANT…………………. | Principal Chief of Phamong |
10.Hon. Mojela T. Makhaola | Principal Chief of Qacha’s Nek |
11.Hon. Seeiso S. H. Nkuebe | Principal Chief of Quthing |
12.Hon. Nthupi A. Bereng | Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote |
13.Hon. K.L.K Khoabane | Principal Chief of Thaba-Bosiu |
14.Hon. Mitchel S. Maama | Principal Chief of Ha Maama |
15.Hon Moholobela M. Moholobela | Principal Chief of Matelile |
16.Hon. Bereng G. Seeiso Api | Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake |
17. Peete Lesaoana Peete | Principal Chief of Koeneng le Mapoteng |
18.Hon. ’Mako T.Mohale | Principal Chief of Tajane, Ha Moetsana le Ha Mohale |
19. Hon. Khoabane T. Mojela | Principal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso |
20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli | Principal Chief of Botha-Bothe |
21.Hon. Pontšo S. Mathealira | Principal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere |
22.Hon. Qeto Sekonyela | Principal Chief of Malingoaneng |
23.Hon.’Mawinnie Kanetsi | Senator |
24. Hon. Lebona Khoaele | Senator |
25. Hon. Thabiso Lebese | Senator |
26. Hon. ‘Maphakiso Lebona | Senator |
27. Hon. ’Mabataung Patricia Mokhathali | Senator |
28. Hon.Sehlooho HenryMonatsi | Senator |
29. Hon. ‘Makholu Moshoeshoe | Senator |
30. Hon. Neo Matjato Moteane | Senator |
31. Hon. Seabata Motsamai | Senator |
32. Hon.Richard Ramoeletsi | Senator |
33. Hon. Limpho Tau | Senator |
PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO
SENATE CHAMBER
Thursday 22nd August, 2024
(MR. VICE-PRESIDENT in the Chair)
The House assembled at 10:30 a.m.
PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer
ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR
MR. VICE-PRESIDENT: Kea le lumelisa, Litho tse Khabane tsa Ntlo. Re na le litsebiso tse peli feela kajeno:
- Le tla hopola, Litho tse Khabane, maobane ke ne ke ile ka le tsebisa hore IEC e kopile hore e tle fuoe monyetla oa hore kajeno ha Ntlo e phomola e tle e be teng koano mabaleng a Ntlo ea Senate ho tla le ngolisa le ho le kenya ka har’a sesiu sa eona seo ba qhalileng sane sa khale, ho haha se secha.
Ke qeta ho fumana hona joale hore ka mabaka ao ba sitoang ho a qoba, ba kopa hore mosebetsi ono o tle o chechele letsatsing la Labobeli hang ha Ntlo e phomola.
Taba ena e bolela hore ts’ebetso eno ha e na tsoela pele kajeno, empa e se e tla tsoela pele ka Labobeli.
- Tsebiso ea bobeli ke ea hore hang ha Ntlo e phomola kajeno, Komiti ea rona ea Government Assurances e tla kopana ka mona ka Ntlong ho tla hlahloba le ho tla amohela Tlaleho malebana le litaba tseo ba ileng ba li kopanela le Lekala la Temo nakong eo Ntlo e ntseng e le phomolong.
Kea kholoa le tla hopola, Litho tse Khabane, re ne re na le Mohlomphehi Letona la Litaba tsa Lehae ka mona, ‘me le ile la hlalosa hore litokomane tse tl’o thusa ho akofisa bosebeletsi litabeng tsane tsa li-ID le li-passport li teng. ‘Na ka ba ka akhela taba eno hore, ache, ke utloa eka Government Assurances e na le mosebetsi hore e tle e ikise mono.
Joale empa he, kea kholoa le tla e qoqa, eno hase ea ka, ke ne ke se ke re, che, mohlomong le ka rata hore le tle le e qoqe hore na ebe le ka rata ho ikisa neng, ka seqo, ka nama, mono Home Affairs hore le e’o iponts’a litaba tseno joale ka ha mosebetsi oa lona ele hore le hlahlobe lits’episo tse entsoeng ke ‘Muso hore na li na le ‘nete hakae le hore na li phethahala hakae.
Bahlomphehi, ke tsona litsebiso tseo re nang le tsona kajeno.
Matsohong a lona mono, Litho tse Khabane, le na le Pampiri e Tala eo hangata re e etsang ha e le hore ho na le taba e lokelang ho tla ts’ohloa ke Ntlo, empa taba eno e s’o butsoe.
Re na le Tlaleho on Gender Mainstreaming Workshop for Parliamentarians, e neng e ts’oaretsoe mane Blue Mountain Inn ka khoeli ea June selemong sena. Kaha litaba tsa teng ha li e-s’o butsoe, ke ne ke kopa Molula-Setulo oa Komiti ea Health, Nutrition and Gender a ke a re tataise ka Tlhahiso ena e kopelang taba ena kaha ha e e-s’o butsoe.
HON. SENATOR M.M. MOSHOESHOE: Ntate, kea u hlompha.
Ntate, ke ema mona ke sisinya Tlhahiso e Potlakileng holim’a Tlaleho ea Komiti eo kannete re sitiloeng hore re ka e fa Litho at least two days pele e tl’o ts’ohloa ka mona ka Ntlong. Ke e kopela hore thupa e shape fats’e, re mpe re tsoele pele re fane ka Tlaleho ena, re e ts’ohle.
Matla a ka a kolla ho Standing Order No. 86 (5) se ntumellang hore nka etsa kopo e joalo.
Ka mantsoe ana, Ntate, kea sisinya, kea leboha.
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Kea leboha, Ntate. Ke ema mona ke tlatsa Tlhahiso ena e etsoang ke Setho se Khabane ka hore re ke re fanyehe Temana ena ea 86 (5).
Lebaka le mpang le etsa, Ntate, ke hore li-Standing Order li teng ho re tataisa ho tsamaiso-ts’ebetso ea Ntlo, empa moo e ka bang mohlomong ho ile hoa ba le tiehiso, re ka tseba ho li behella ka thoko ha nakoana hore mosebetsi o tsoele pele.
Ka hona, kaha Tlaleho ena ke nka e le taba ea bohlokoa ho rona re le Litho, ekaba bohlokoa hore mohlomong re ke re utloe litaba tsa teng.
Ka mantsoe ana, kea tlatsa, Mohlomphehi.
Question, that Standing Order No. 86 (5) be suspended, put and agreed to.
MR. VICE-PRESIDENT: Next Item, Mr. Clerk.
2. ADOPTION OF REPORT
HON. SENATOR M.M. MOSHOESHOE: Ntate, ke ema mona ke le Molula-Setulo oa Komiti ea Health, Nutrition and Gender, ke tlil’o fana ka Tlaleho ea mosebetsi oo re ileng ra o etsa ha re ile koana TY, ho tloha ka la 17 June ho fihlela ka la 21 June, moo sebakeng se boletsoeng Tlalehong, Bahlomphehi.
Memo e ile ea tsoa e neng e memme Matlo a mabeli a Paramente ka Likomiti tsa ‘ona. Ka Ntlong e ka holimo ho ne ho menngoe ka sehlohlolong Komiti ea rona ea Sustainable Development Goals, ho bile ho menngoe Komiti ea Legislation, Komiti ea Health, Nutrition and Gender, ka Balula-Setulo ba tsona Likomiti tsena.
Ka mane ka Ntlong e Katlaase ho ne ho menngoe Economic Cluster Committee, Sustainable Development Committee and Social Cluster Committee. Ke tsona tse neng li bokane mono Likomiti tsena.
Sepheo sa Workshop ena eo re neng re ile ho eona e ne e le to capacitate Members of Parliament on gender mainstreaming and gender responsive budgeting.
Re ne re memetsoe Lekala la Gender ho tsamaisa Workshop eno, ‘me Lekala leno kannete le ile la fihla moo la re amohela, eaba re kena mosebetsing.
Mosebetsi ona oa rona o ne o qala ka hore re ke re itsebe re le Litho tsa Paramente hore na roles and responsibilities of Members of Parliament ke life, haholo-holo ha re shebane le mosebetsi oa rona oa letsatsi ka leng oa Paramente.
Ha ke le hopotsa hanyenyane, Bahlomphehi, mesebetsi ea rona e meholo re le Maparamente ke law making, oversight, representation and budgeting. Ke eona mesebetsi ea rona eno e ka sehlohlolong.
Re ne re ile mono hore ka mesebetsi ena ea rona e mene (4) re le Litho tsa Paramente, na re sebetsa joang ha re e nyalanya le li-SDGs.
Ke bonts’e hore hantle-ntle ehlile ka sehlohlolong mosebetsi ona ke oa Molula-Setulo oa Komiti ea SDGs, empa he, mona rona re tloaetse hore mosebetsi rea o kopanela; ha e mong a le teng, o tsoela pele ka mosebetsi, ha e mong a le sieo, re tla tla re mo ruta ha a fihla.
Litaba tsena tsa SDGs li pharalletse haholo, Bahlomphehi, kea ts’epa e mong le e mong oa lona o na le Bukana ena eo ke e ts’oereng ea li-SDGs. Re kile ra e abeloa ka mona, ra e fuoa hore re ithute tsona hore na ha li le ngata hakana-kana na e ‘ngoe le e ‘ngoe ea tsona ha u e sheba, hore na ebe uena u le Setho sa Paramente, holim’a tsena tse leshome le metso e supileng (17) na ua li tseba, u tseba ho li nyalanya le mesebetsi ea hau, u nka karolo efe ho latela li-SDGs tsena tse teng mona.
Ke tla qala ka mosebetsi oa rona oa law making, hore na ha re bua ka taba ea ketsa-molao, legislation, re e nyalanya le mesebetsi ea rona le gender le taba ena ea mainstreaming joang.
Ha re sebetsa litaba tsena tsa rona, taba e kholo-kholo, potso eo motho u ipotsang eona ke hore, Bahlomphehi, re tlameha ho tseba na ha re bua ka gender re bua ka’ng. Re hle re tsebe hore na re tl’o qala kae. Ke’ng e tlang ka pele kelellong ea motho ha a qala a bua ka gender.
Re ile ra hlalosetsoa litaba tsena ka bophara, re tsebe hore na gender le sex ke’ng. Gender ke characteristics, behaviours and norms tseo bo-‘m’e le bo-ntate kapa bashanyana le banana, society e lebelletseng hore ba ka li etsa. Ha re re society rea tseba hore ha u le mosetsana u lebelletsoe hore ebe uena ea phehang ka mane ka kicheneng, ea fielang mabala, ea hlatsoang. Morao tjena re hlokometse hore ka mane ka kicheneng ha e sa ba bo-‘m’e kapa banana feela ba etsang mosebetsi oa ka mono, le bana ba batona le bona ba se ba etsa mosebetsi oa ka mono. Joale ho tsoa hore feela na uena u ikutloa u ka etsa mosebetsi oa mofuta ofe, eseng re shebe feela na society e lebelletse hore na uena u ka etsa joang.
Joale he, ha re nyalanya litaba tsena re tla mona moo re reng ha re le bo-Ketsa-Molao, Legislators, ha re etsa melao re lokela re hlokomele hore melao eo re e etsang ha e sekisetse ba bang, ba batona kapa ba bats’ehali, kapa ba bang ba ikutloang ka mokhoa o fapaneng.
Hangata ha re tlatsa li-form re ee re bone ho ngoloa ‘sex’, hore na uena u oela ho ‘female’ or ‘male’. Joale ho hlokomelehile hore morao tjena ha e sa le ‘female’ and ‘male’ feela, ho se ho na le ba bang ka nqane ba ikutloang ba sa oele ka ho botona kapa ka ho bots’ehali, ba itlhalosa ka mokhoa o fapaneng.
Batho bao ba bang le bona re tlameha ere ha re etsa melao re ba kenyelletse, re se ke ra ba siea, hobane le bona ke Basotho ba Lesotho mona, joaloka bana ba batona le bats’ehali.
Ha re bua ka gender identity, hona joale ha le ncheba le mpona ke le ‘M’e, empa ere ha u mpotsa ebe ke re ha ke ikutloe eka ke ‘M’e, ke utloa ke le motona, ke Ntate, u se ka ba ‘na mpitsa ‘M’e ‘Makholu. Ke bolokolohing ba hore ‘na ke u joetse na ke ikutloa joang le hore ke rata ha u mpitsa eng. U se ke ua mpona ka liaparo mohlomong ka mose, eaba u nketsa classify ka nq’ena. U ‘mamele, u nkutloe.
Ha re etsa melao re etse ea males, females and trans-gender. Ba teng, re ba tsoetse ke bana ba rona, re phela le bona Lesotho mona. Khale re ba pata, ere ha u le ‘M’e u bona a hlaha ebe ua mo pata, ha u batle leha sechaba se tseba ka eena.
Joale ba se ba le bangata hoo ba seng ba sa patehe. Re se re tlameha hore hona joale ha re etsa melao re ba kenyelletse hore na joale bona re re’ng ka bona.
Pele e ne e re ha ngoana a hlaha ebe u ikhethela u le motsoali kapa le mopepisi hore haeba a bona a se na ka bots’ehaling kapa ka botoneng, li hlaha li le peli ka nako e le ‘ngoe, joale u ikhethela hore uena u le motsoali u utloa u rata sena, joale u lebetse hore motho enoa ke lesea ka nako eno, o tla hola, ‘me ha a se a holile boikutlo ba hae ke bona bo tla cho hore na o ikutloa joang ha nako e fihlile. Joale ka nako eno uena u le motsoali o itse, nurse le Ngaka ba tlose eane eo uena u neng u sa e rate, athe eena ha nako e fihlile ha a tl’o ikutloa joalo. Ha a se a holile e ntse e le hantle hore eena a iketsetse qeto ea hore na o utloa eka a ka rata ho khetha setho sefe.
Taba ena e teng e-ea phela, re ke ke ra iphapanyetsa eona. Khale re iphapanyetsa eona, e se e fihlile boemong boo joale ba itsekang.
Joale re re in law making, ha re ntse re etsa melao…
Ntate Molimo O bopile ‘na le uena le ba bang, ha ba bopuoa ke ‘na, le bona bano ba bopuoe ke Eena Molimo. It is a very good discussion, re tla e etsa ka letsatsi le leng, e monate haholo, re hlahise maikutlo a rona ka taba eno. Mona ke mpa ke le fa litaba tsa Tlaleho.
Ha re etsa melao re kenyeletse melao eno e kenyeletsang batho bohle. Hona joale re na le li-ID le li-passport, ua tseba ba bang ha ba tsamaea ka li-ID tsa bona le li-passport tsa bona, ha ba fihla airport mane, joale u bona sefahleho sa ‘m’e, feela ka nqane hase ‘m’e – joale ena e ba le bothata.
Kannete re tlameha ho bona hore – le litokomane tsa rona re tl’o etsa hore li tsebe ho chencha, ba be le kabelo haeba ba batla ho etsa joalo. Taba eno le eona it is a debate for another day.
Ke tla ho role e ‘ngoe ea rona as Members of Parliament e leng ea oversight. Ha re ntse re etsa oversight ea rona, mesebetsing kea tseba hore re etsa joalo ka hore re ka botsa lipotso, ra bitsa Matona.
Maobane Matona a ne a le teng ka mona, hoa botsoa lipotso, ra fumana litlhakisetso. Matona a boela a etsa lipolelo ka ho fapakana, joale re sebetsa le ka Likomiti ka ho fapakana, tseo ka tsona sechaba se tlang ka mona se lla ebe rea se sebeletsa.
Re na le role e ‘ngoe ea rona ea representation, le eona lea e tseba, Bahlomphehi, hore na le etsa represent sechaba joang. Le ee le meme sechaba ka nako e ‘ngoe le etse out-reach, ebe le ea sechabeng mane le e’o nka maikutlo a sechaba, le e’o mamela sechaba, joale ebe le tla le maikutlo ano.
Ha re ntse re etsa joalo re ’ne re hopole teka-tekano ena ea bo-‘m’e le bo-ntate, re se ke ra sekamela feela ka ho bo-ntate le bo-‘m’e ebe re ntse re siea le ‘ba bang’.
Ha re tla tabeng ena ea li-SDG re hlokometse hore SDGs tsena, in as much as ele liqeto tsa machaba, liqeto tsena tsa machaba re tlameha re li theole, re li tlise mona local, re tl’o li etsa domesticate mona ha habo rona. Re bone hore re etsa harmonise le Basotho, for understanding ea bona le hore re tle re tsebe ho sebetsa le bona Basotho.
Joale taba e ‘ngoe ea ho qetela ke eane eo ke itseng ke role ea rona hape ea ho etsa budget. Ha re etsa budget, re etse a gender responsive budget. Budget e etsetseoe bo-‘m’e le bo-ntate. Ha ke re budget eno e qolloe hore joale budget ena ke ea bo-‘m’e! Ae, ha ke cho joalo! Ke re budget e fane ka tekatekano; opportunities tsa bo-‘m’e le bo-ntate li lekane.
Monate oa workshop ena e ne e le workshop e lokolohileng hona hoo, re ile ra ba ra pheteloa a study story hoa thoe re se bale mono. Ho thoe naheng, e ‘ngoe koana ‘muso oa teng o kile oa inahanela hore o k’ etse empower basali (women empowerment). Basali bano ba ne ba ne ba le in the rural areas eaba ba rekeloa mechini, ho thoe: ‘bo-‘m’e bana ba bonahala ba sa kena sekolo, ke hore re ba rekele mechini re ba koetlise ba tsebe ho roka’.
Eaba bo-‘m’e bana ba roka ka mechini ea ‘muso. Mechini ea tla mono, ba e fuoa joale ha ba qeta ho roka thepa ena, eare ha e tlameha ho il’o rekisoa, e be ba e fa bo-ntate ba re bontate bona ba ee toropong ba il’o rekisa liphahlo tseno tseo ba li rokileng.
Bo-ntate e be ba tla nka liphahlo tsena, ba ee ‘marakeng koana ba rekise liphahlo tsena. Ha ba khutla, ba khutla ba entse chelete. Chelete ha e khutla, ha e ee ho bo-‘m’e e lula ho bo-ntate, e se e laoloa ke bo-ntate. Bo-‘m’e bane mosebetsi oa bona ke ho roka le ho bona li-household.
Joale bafani ba tla kamor’a selemo, ba fihla ba batla ho bona hore na ba sebelitse joang. Bo-‘m’e ba re ba sebelitse feela joale ha ba sa na material a ho qala ho roka, chelete ke eane e se e le ho bo-ntate.
Eaba ba sitoa ho patala li-loan tsane tsa mechini. Hoa thoe, ‘joale re tl’o tlameha hore re khutle, re tl’o le etsa empower hore in as much as le entse mosebetsi, ha se bo-ntate feela ba tlamehang ho ts’oara chelete.
Lea nkutloa, bo-ntate? Chelete ka matlung ka mona e se ke ea ts’oaroa ke bo-ntate feela bo-‘m’e ba sebetsa, eaba ba le neha eona, e laoloa ke lona.
Eaba mofani o tlameha ho khutla hape … (laughter)… joale e ne e le story se monate hona hoo, se le challenging,sa re ruta hore, ae, ka ‘nete, ha re sebetseng kaofela, ha re nkile li-loan. Bo-‘m’e ba se ke ba sekisetsoa joale eaba bona ba sebetsang kathata feela joale ha ho tluoa mane manyaneng, e be chelete ha e fihle mono.
Taba e ‘ngoe, eo re e buileng haholo mono, ke ea gender domestic violence. Ka ‘nete re ile ra hamara haholo ka domestic violence e etsetsoang bo-‘m’e haholo. Kea tseba hore lea li tseba litaba tseno, Bahlomphehi.
Re buile kathata, ra ba ra fana ka mehlala e phelang, ho nts’o hlokomeloa hore le rona re le Maparamente tjena, ka ‘nete re ntse re hlekefetsoa ka tsela e itseng le e itseng.
Ha re se re qoqa litaba tsena, re ithuta mosebetsi, re bone hore na contribution ea rona e ka ba efe sechabeng ho ruta sechaba hore ba tlohelle domestic violence, haholo ena e etsetsoang bo-‘m’e le ba bang. Bona baa, ba ba bang baa, ba hlekefetsoa. Batho ba bang ba a ba nena, ha ba ba rate, ba a ba hlekefetsa, ba a ba shapa ba re ba nts’a moea oo ba nang le oona, oo bona ba nahanag hore bona ke oa bo-demon. Ba nahana ha u shapa ngoana h’a ntse a hola, u nts’u re ke tla u nts’a ntho ena, ke batla ha u le moshanyana ha ka mona, u tlohelle ho ntjoetsa hore uena u ea ka kichining.
Thupa ha se eona e tla nts’a moea ono ho bona.
Ka hona ka ‘nete, re rupetsoe kathata hore re hlokomele boemo bono le violence e etsetsoang bao ba bang, re ke re e hlokomele, ‘me re se ke be ra kenya letsoho linthong tse joalo.
Litaba tsena tsa workshop ena li ngata haholo, li monate, feela ke ne ke re, Bahlomphehi haholo-holo, re qetile matsatsi a mahlano mono, re fihlele e le Sontaha ra tsamaea Labohlano.
Re buile matsatsi ao kaofela, re ntse re etsa litaba tsena tseo ke ntseng ke bua ka tsona tsa leadership ea lona hore na le leadership ea mofuta o fe, eo le tla e sebelisa ha le bua ka gender, haholo litabeng tsa lichelete, haholo-holo tabeng ea ha le etsa Melao le lipuo tsa lona. Ha e se k’a ba ka Melao feela le lipuo tsa lona empa le lokela ‘ne le be gender sensitive.
Ke ee ke utloe ha le etsa lipitso mona, Marena a ka, le ntse le re bo-ntate le bo-‘m’e, lumelang! Ka mona ka Sekhooa re re, ‘ladies and gentlemen and others’. Joale hona tjena, le be gender sensitive e se ke be esale le re bo-ntate le bo-‘m’e feela, le re bo-ntate le bo-‘m’e le ba bang, lumelang! Hore re akarelletse sechaba sena kaofela.
Thuto ena e tla qetella e thophothetse. Ka ‘nete ke ne sa ea ke le mong mono, ke ne ke tsamaile le Mohlomphehi ‘M’e Mamokhathali, ‘me re ile ra etsa mosebetsi ona. Report ke eno, ‘me ka ‘nete kea sisinya, kea ts’epa ‘M’e o itokisitse le eena kaha ke mo sietse ke ne ke re ke se ke ka be ke se ke li nts’a kaofela; eena a tla be a se tlatsa.
Kea leboha.
HON. SENATOR M. MOKHATHALI: Kea leboha, Ntate Vice-President, ke hlomphe Litho tse Khabane.
Ka ‘nete joalokaha Mohlomphehi Molula-Setulo a cho, ke ne ke na le eena at workshop eo e neng e le monate haholo. Ntle le hoba monate haholo, e ne e bula batho ba neng ba ile mono mahlo ka tsela e khethehileng.
Ntlha e neng e le kholo haholo, eo re neng re rupeloa ka eona mono ke hore re tlameha ho bona hore re etsa gender mainstreaming linthong tsohle tseo re li etsang.
Taba ea gender mainstreaming, e ile ea hlalosoa hore na ha re etsa gender mainstreaming ke ha re etsa joang. E hlalositsoe ka hore ha u kenye programme efe kapa e, kapa u etse Molao o fe kapa ofe u sa ipotse lipotso tsa hore na programme ee, e tl’o ama batho ba bo-‘m’e le banana joang? E tl’o ama bo-ntate le bahlankana joang? E tl’o amana le batho ba phelang le bokooa joang?
U se ke ua etsa feela, eaba ha u e entse ha u e shebe hore na e tl’o ama batho bana ka mekhahlelo joang. U tlameha ho ba qanolla. U shebe hore na e tl’o ba ama ka mokhoa o negative kapa positive.
Ea bobeli hape-hape, ke hore na batho ba hlileng ba tl’o una molemo moo ke bo mang, on this programme eo u e etsang? a, na, ke bo-‘m’e feela le banana kapa ke bo-ntate feela le bahlankana?
E re ke etse mohlala, mohlomong hobane ntho eo ke e buang e ka ‘na eaba kaha rona re e rutiloe matsatsi a mangata, joale ‘na ke bua nako e khuts’oanyane – u ka ‘na ua etsa clinic haeso Mats’ekheng koana, u le Lekala la Health, empa eaba kahar’a clinic eo ha ho li-service tsa lithibela pelehi, ke litaba feela tsa bokulo. Clinic eo ha u qala u e entse joalo haeso Mats’ekheng koana, ha ua etsetsa bo-‘m’e clinic, hobane tlhoko e kholo ea bo-‘m’e ke litaba tseno tsa hore ba be le lithibela pelehi le tse ling tse joalo, tse hlokoang ke bo-‘m’e feela, ‘me u tla bo nts’u re ho machaba le sechaba, ke na le li-clinic tse ngata ke fana ka li-service ho sechaba sohle, empa e le hore sechaba se seng ha se fumane molemo tabeng ea clinic eno eo u e entseng.
Re ne re rutoa taba eno hore re e utloisise, hore ho etsa mainstreaming ke ho etsa’ng. Ke ho ipotsa lipotso tseno, hore u hlokomele moo u bonang hore ho na le mofuta o mong, o tla b’o sekiselitsoe. Hona mono ha u e shebile ka lentsoe leno, ke hore taba ea gender, u tla b’u s’u bile u tla ka programme e ka etsang hore e tle e tse minimise boima bo negative, bo ka tlisoang ke Programme ena ea hau.
Mohlomong le teng ke ne nka ‘na ka etsa mohlala, haeba ha ke na ho le liehisa haholo, oa hore e ka ‘na eaba ho il’o etsoa tsela Mapholaneng ha habo Mohlomphehi mona pel’a ka, e be ho fihla hoba le li-camp tsa bo-ntate ba bangata mono, ba fihlang ba lula mono e le banna feela, ba siile basali ba bona mabalane mona.
Ka lebaka la Programme eno, e be bo-‘m’e ba mono le banana ba mono ba lula likampong mono haholo. Taba eno, e se ntse e u ruta hore ho ka ‘na hoa ba le mafu a likobo le HIV/AIDS mono, ‘me ha u e tlohella feela, u re feela ke ne ke etsa tsela ha ua e sheba ka gender lenses, hobane ha ua sheba hore na e tla ba le impact e negative joang ho basali le banana ba mono, bao e kannang eaba bakhachane le hoba le HIV/AIDS ka tsela e ts’oanang.
So, u tlameha hore e be u s’u nts’u na le programme e ‘ngoe e tla etsa medicate taba eno.
Ra fetela hore rona re le Maparamente hape-hape ha re tse re etsa mainstreaming, re ikutloisise. Re ile ra rutoa hore re ikutloisise na re bo mang; ra hopotsoa boholo ba rona le matla ao re lokelang ho ba le ‘ona bolebeling ba hore sechaba sena se fumane lits’ebeletso kaofela.
Eaba re hlokomelisoa hore, hore re tle re tsebe ho etsa mosebetsi oo oa rona oo Mohlomphehi a o boletseng ka makhethe a ts’osang, hore re tle re tsebe ho bona hore ho etsoa mainstream ebile batho bohle ba etsa benefit, ke hore re sebelise tool e bitsoang Gender Responsive Budgeting.
Tool eo, re ile ra hlokomelisoa hore ha re ka ra e utlosisa hantle re tl’o bona hore li-resource tsa naha ena li thusa ho fetola bophelo ba motho e mong le e mong, e ka ba ea phelang le bokooa, ‘m’e, ngoana, ntate kapa mofutsana ka tsela efe kapa efe.
Gender responsive budgeting re ile ra hlokomelisoa hore ke tool eo e reng ha re ntse re etsa budget, e be re sheba budget eno ka lensee nang le maikutlo a hore re botsa potso eane eo ke ileng ka e hlalosa re sa sheba budget. Re shebe le hore na li-gap tse teng mono budgeting ke life, hobane kahar’a naha ea rona li se li ntse li na le li-key priority areas, tseo e reng ha re ne re etsa budget e be re ile ra li hlokomela.
Ha re li hlokometse, re li behile, re li thathamisitse mona re lokela hore ha re sheba budget ea rona re bone hore budget eo ehlile e etsa address areas tseno. Re se ke ra ba le li-key priority areas ha re ntse re bua mona le litokomaneng tse ling feela, empa ere ha re se re nka budget, e be joale budget ha e sa arabela lintho tseo, tseo re le naha re itseng ke li-key priority areas.
So, ha re etsa joalo re tla tseba ho sheba budget ka tsela e tla tseba hore e tl’o tsoela Mosotho e mong le e mong molemo ha e qeta ho behoa.
Re ile ra hlokomelisoa hape-hape hore rona Maparamenteho na le li-tool tseo re tlamehang hore e be re li utloisisa hantle. Tsona li-SDGs tsena tseo Mohlomphehi a buileng ka tsona, re li utloisise hantle. Li ne li le ngata; ho buuoe ka tsona, hoa buuoa ka hohong ho ileng hoa thoe ke… (ba tla nkhopotsa ke se ke li lebetse) public finance management.
E-ea, Ntate, ho buuoe ka Litokomane tseno, hore re tlameha ho li utloisisa hantle. Re ne bile re hlokomelisoa hore re ntse re qhekelloa hampe ke Lekala la Finance. Maparamente mono ho boletsoe hore re tlameha ho ba teng for budget cycle, right from the beginning.
Ha rea lokela hore e be mosebetsi oa rona ke hore budget e tl’o kena ka Parameteng e be re se re re, re etsa approve. Re tlameha hore ho tloha qalong ha Makala a sa ntsane a etse present mane Finance, hore na a tl’o etsang eng, e be boemeli ba Paramente bo se bo ntse bo le teng hore e be bona ho , komiting ena e lulang na ehlile le re le le Lekala la Social Development, le re le tl’o ets’ang?’
Ke hobane ka tsela eno, eo re seng re e fuoa ka eona qetellong re se re fihla re etsa approve feela boinahano le…
HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE: Ke lebohe, Mohlomphehi.
Ke mametse Setho se Khabane ha se ntse se khobotla kamatla, empa joale ke re tabeng ee, eo a buang ka eona ea budget, a bua ka Paramente ho ba teng ebile a hlokomela hore Paramete e ahiloe ka Matlo a mabeli, e leng Ntlo ea Senate le Ntlo ea Bakhethoa, na u bona eka taba eee ka re bebofalla ha a sheba meoloane e teng kahar’a Molao oa Motheo na?
HON. SENATOR M. MOKHATHALI: Kea leboha, Mohlomphehi.
Uena u botsa lipotso tse thata (laughter…).
Ae, Ntate, ka ‘nete leha re ne re mametse moo re neng re le teng le Mohlomphehi Makholu, re ne re ntse re utloa hore ekare mosebetsi boholo o ka Paramenteng ka mono, empa le rona kea kholoa re ne le teng hore re tlatsetse feela. Ke ile ka bona eka boholo ke mosebetsi oa National Assembly, empa ha ke tsebe hantle – ke bona eka le rona ho nts’o le hantle hore u k’u e …
Joale empa leha ho ne ho buuoa ka Litho tse ka bang teng, ke ne ke utloa haholo hore ekare ho hatetsoe pele ho ba National Assembly moo e kang taba ena e tlameha ho tsamaea likhoeli kapa khoeli pele e tla ka Paramenteng ho bona.
Ha ke tsebe haeba ke u arabile, ke fetele pele!
Mohlomphehi, ke ne ke le mane moo ke ileng ka re… (laughter…) Litokomane tseno kaofela e ne eka Maparamente a tlameha ho li tseba hore li be menoaneng mona hore ba tsebe ho li sebelisa ha ba ntse ba etsa analyse budget, hobane taba e kholo e ne e le hore ke Paramente e khethiloeng ke sechaba ho tla sebetsana le ho ts’ireletsa litlhoko tsa bona.
Joale haeba budget e se e etsoa ke motho e mong feela ka ofising re se re sa re letho, re se re fihla re kopana le eona feela ho ne ho bonahala re sa etse mosebetsi ono ka mokhoa o nepahetseng.
Re ile ra bonts’oa hore re tlameha-ke ne ke tsoile mono moo ke neng ke re ho itsoe Paramente e lokela ho ba teng mothating o mong le o mong (e ne e behiloe e le mehlano tjena, ho bonts’itsoe methati ea budget cycle)
HON. SENATOR M. MOTSAMAI: Ka ‘nete Setho Khabane se ntse se bua hantle. Ke ne ke ile ka nahana hore Morena oa ka oa Leribe o ne a e beha, empa nke ke e chori-chorise ho feta mono.
Na haele moo le tsoa rutoa taba ea hore, Bahlomphehi, re kene hohle in the cycle ea ho etsa budget, na morupeli o ne a le mindful ka taba e bitsoang separation of powers, hore Executive develops policy, rona re etsa review policy eo?
Joale na ha re se re kene ha budget e etsuoa mohla letsatsi leo, lihora tseo e fihla ka moo, joale re ba le maikutlo holim’a eona ha se mola moo ho thoeng u entse mosebetsi, ebile u ipotsa mosebetsi na?
HON. SENATOR MOKHATHALI: Kea leboha, Mohlomphehi.
(Laughter…)
Empa joale taba e kholo e neng e bonahala ke hore joale ha re sa kene – che, ho ne ho thoe re kene re be le maikutlo, hobane re tseba hantle mandate oo sechaba se faneng ka oona hore Maparamente a o phethe. Ha se hore u se u il’o qosa le ho hanyetsa mono, empa u il’o ba ‘mesa-mohloane, oa ho bona hore na litaba tseno li kenelletse ho budget ea bona.
Ha ke bone moo e ne e tla u thibela, Ntate, hobane e ne e mpa e le li-representative tse tla sheba hore mandate oa sechaba o teng, hobane, Ntate, budget haeba re sa e shebe, e ka ‘na ea iketsetsoa feela hore e fane ka li-per diem, u tla fumana e le chelete e ngata feela ea hore ho tla nkoa maeto, ho tla etsoa joang, na u tla b’u re budget eo e na le thuso ho sechaba?
Ke hobane ho na le Makala a etsang li-budget tse joalo u sa bone letho leo u reng taba enake ntho e tl’o ba ntho e capital eo ekabang e tl’o sebetsana le infrastructure kapa e tl’o sebetsana le ho etsa capacitate human resource eo re nang le eona.
So, lintho tseno ho ne ho thoe re hle re li bone qalong.
Hape hape, Ntate, re ile ra hlokomela hore tokomane e ‘ngoe eo re tlamehang ho e sheba ke audit report (ha ke sa tseba hore na e ne e thehiloe ka lebitso lefe, feela e ne e ka Maparamente a lokela hore a se ke a emela feela mohl’a audit e se e entsoe ka buka e mona e kholo).
Ekare re tlameha hore selemo le selemo Paramente e ‘ne e fuoe report ea selemo ea hore na budget e sebelitse joang, e le hore re ‘ne re bone, hobane ho etsoa budget selemo se seng le se seng. Joale ho thoe, re fihle re se re eketsa feela. Mohlala, Lekala la Temo Selemong se fetileng le ne le batlile billion tse hlano tsa Maloti empa selemong sena le se le batla billion tse supileng.
Ha ho na le moo re qetellang re utloisisa, le hakaalo hore na ebe li-billion tsena tse peli, joale tse seng li ba teng ele increase ebe e bakoa k’eng? Joale re tle re tsebe, ho e sheba ka lense eane ea hore na e fela e le ntho e tl’o tsoela sechaba molemo na?
Taba ea Melao hape Mohlomphehi o e thetsitse hore re etsa Melao empa Melao eno le eona re hlokomelisitsoe hore ha rea tlameha ho fetisa Melao feela re sa sheba the cost ea eona. Re tlameha hore hona budgeting moo, re bone na Melao e fetisitsoeng na ehlile e kenelletse; otherwise re tl’o tsoela-pele ho etsa Melao e sa beng implemented hobane re ntse re e fetisa feela, re sa shebe budget ka tsela ea hore na ehlile Molao ono o fetileng, na ebe o na le chelete e il’o bona hore o etso implement.
Ka ‘nete litaba tsena e ka ‘na eaba ke li akarelitse, feela e ne e le litaba tse monate haholo, tse neng li hlile li bonts’a hore ha Maparamente le rona Masenate re le included na re tlameha ho etsa joang ho lisa lichelete tsa sechaba ka a ‘Responsive Gender Budgeting’.
E ne e bonahala e na le lintho tseno kaofela, lehaeba ha kea li etsa hore na e ts’oere eng kahare, eo e ka reng haeba ehlile batho ba baholo joaloka ka Maparamente ba ka e utloisisang, ba ka tsebang ho ts’oara Executive hore e be accountable sebakeng sa ts’ebeliso ea lichelete le ho bona hore chelete e ntseng e fanoa ha e fanoe feela empa e sa etse phetoho kahare ho sechaba.
Kea leboha, ka hona ke tlatsa Report.
Question proposed.
HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE: Kea u leboha, Mohlomphehi.
Ke ema mona ehlile ke batla hore ke ake taba ena ea Tlaleho e etsoang ke Molula-Setulo, ‘moho le Setho se Khabane ha ba ne ba ile to a wokrshop holim’a taba ena ea ho etsa Gender Mainstreaming litaba tsa SDGs.
Mohlomphehi, re le Maparamente, re le Baeta-pele, e ne eka re ka lahla bo rona ra sheba bosebeletsi ba sechaba, boo Melao ea naha, Melaoana ea Tsamaiso ea Matlo ana a Mabeli e re fang bona.
Mohlomphehi, taba ena ea SDGs ha u s’u ka e sheba ho tloha mane moo e neng e le MDGs, e ne e tlisa taba ea hore e batalatse mabala molemong oa bosebeletsi ba sechaba e le hore boiketlo ba sona bo tle bo bebofale. Mohlomphehi, litaba tsena kaofela ke ratile ha Setho se Khabane mong’a Komiti ha a ne a qala puo ea hae mona o ile a bua ka hore re ile ra fuoa tokomane eo re neng re tlameha ho sheba lethathamo la li SDGs ka tsela eo li beuoeng kateng.
Holim’a leshome leo le metso e supileng, haele hantle haeba re ne re hlile re sebetsa ka matla holim’a lintlha tsena tsa li SDGs, re ne re tlameha hore ebe re etsa scrutinize Lekala le leng le le leng hore na bosebeletsi ba lona na bo fela bo aka litaba tseo eleng litlhoko tsa sechaba na.
Haele mona Litho tse Khabane tsa Matlo a mabeli a Paramente li ntse li boela li ea litabeng tse ba behang temeng, ba etsa mohoma temeng, ekare Likomiti tsa rona, haholo ka hare ho Ntlo ena, ekare li ka se robale joale ka ha li robetse hona joale, eaba…
Ke kopa u nts’ireletse, Mohlomphehi, hobane ke tl’o ba araba ‘me e tla be e se taba e nepahetseng.
Mohlomphehi, ke bua taba ena ea ho robala, hobane ua tseba ho na le litaba tse ngata tse ka bang liboko tsa sechaba tseo e reng ha li eba teng, ebe hang ka Boetapele ba Likomiti kapa ka Litho tsa Komiti re ka atamela taba e joalo, le hore na re bona na re aka joang kapa hona ho bua ka eona – e le ho tlosa khoao ea sechaba.
Mohlomphehi, ke tla bua taba ena hore kea kholoa Litho tse Khabane ba nkutloeletse, ha b’a nkutloa. Letona le Khabane maobane mona ha a ne a araba taba ea motlakase ha o sakhoa, taba eo ha se hobane e le taba ea sechaba sa TY feela moo ho neng ho sakhooe; se ka etsahalang Ha-Ramabanta se ka etsahala Leribe.
E leng hore seo ke lekang ho se bua ke hore taba ha e le teng re tlameha re lule joale re tsoeng ka makhalo ho re, ‘uena Komiti e itseng, taba ena e oela kahar’a Komiti ea hao. Ha u bone eka re ka tsóara pitso’, haeba e le taba e hlokang lipitso kapa re ka tsóara kopano haeba e le taba e hlokang kopano, joale re ke re tsóhle le hona ho khobotla ka matla taba e joalo.
Mohlomphehi, ha ke re likomiti li robetse ke hoba ke sa ipehe ka thoko le ‘na, ho ntse ho na le taba e ‘ngoe e kholo hampe eo re ntseng re na le eona re le Litho tsa Ntlo ena, re le Marena a Sehlooho.
Haeba Ntate Motlotlehi ke champion ea nutrition, what part are we playing as principal chiefs to support it? Ke tsona litaba tseo ke reng re tebise maikutlo ka tsona re ke re li shebeng hore na ana re kentse linala fatsé….
HON. SEENATOR M. M. MOSHOESHOE: Ka uena, Ntate Vice–President.
Ka boikokobetso ke kopa ho botsa Morena oa ka a ntsa tsóere hantle ka tsela eo a khobotlang ka matla. Ehlile mokhoa oa hae o tjena hee!
Potso ea ka ke hore ke utloa a bua ka Khosi Rabasotho e le Champion of Nutrition, joale a re na rona re etsang re le Marena a Sehlooho.
ke kopa u ke u nkhopotse, hle, Mohlomphehi, ha rea lula feela; hona joale ha re ne re koalletse June. re tsoa Thaba- Bosiu mane ka Lekalana la Nutrition moo re neng re bokantsoe kaofela re le Marena a Sehlooho, ‘me Lekala leo le re bontsítse hore Ntate Motlotlehi haele mona e le champion mona Africa, o tl’o sebetsa le rona. O batla ho sebetsa le rona, rona re tl’o ba champions tse ka tlas’a hae literekeng tsa rona le ho li-ward tsena kaofela tse 24. Morena e mong le e mong e tl’o ba champion mono, ebile ho il’o thakholoa setereke ka setereke.
Taba ee Mohlomphehi ha a e hopole na?
HON. SENATOR J. A. MOTSÓENE: Kea leboha, Mohlomphehi.
Ke ne ke mpa ke re Setho se Khabane potso ea hae e tla pharalla haholo. Ka ‘nete litaba tsena ke tseo ke li hopolang hantle. Ke mpa ke re haeba taba e etsahala Likueneng mane eo mohlomong ho ka bonahalang e ka ema taba ena pele, ha se taba e tla etsahala Likueneng feela, it means e tla etsahala le Makhoakhoeng koana.
Ke re litaba tsena ha a utloa ke bua ka hore ehlile boroko bo bongata, ke ne ke re taba ea ka e mona, Mohlomphehi – Litho tse Khabane li tle li e mamele hantle. Haeba hona joale re bua ka nutrition on behalf of His Majesty, kahar’a naha ka mona, Setho se Khabane Molula-Setulo oa Komiti ea Ketsa-Molao, haeba kahar’a naha ka mona re ka fela ra sebetsa ka matla, e ne e tlameha ebe kahar’a setereke sa Leribe, haeba re bua ka nutrition, eba Morena oa Sehlooho e le setho sa Ntlo ea Senate, ebe mokhethoa oa lebatooa le itseng, oa sebaka se joalo, ebe mafapha oohle a amehang.
There is something eo re hlolang re bua ka eona ka mona, taba ea ho sebetsa in silos, ke eona eo u tla fumana hore ha e atlehise merero ea rona kapa policies tseo ‘Muso o nang le tsona hantle, hobane we tend to work in silos. Taba eo ha re ka e fetola ra tsóara ka matsoho ho tla loka.
Kea kholoa taba ena ha u utloa ke re ke ea e aka, ho na le taba ea mainstream eo re buang ka eona nako ena kaofela ha re butse Ntlo ena e le tsébetsong . Re bua ka mainstreaming, ‘me e bolela hore re tsóarane ka matsoho ho etsa taba e ‘ngoe le e ‘ngoe e ka bang molemong oa sechaba, eseng re tl’o bua ka taba hobane ke re haeso mane ke laeta ka kerese, ha ke so laete ka motlakase, ebe ke tl’o kopa Letona motlakase ke re eseng ebe lisutu tsa Litho tse Khabane ntse li chesoa ke kerese!
Litaba tsena, Mohlomphehi, li re ho rona re ke re etseng taba ena ea SDGs bibele ea rona ea tsébetso, e le hore re tle re bone na katamelo re e etsa joang. Ke tena ke bua ka taba ena, kea kholoa ha u sheba resources tseo re nang le tsona kahar’a naha ka mona – ke mpa ke tla e lahlela feela to whom it may concern. Ke ne re taba ena ea resources tseo re nang le tsona har’a lintlha tseo re tlang le tsona e le litlhahiso kahar’a Ntlo ka mona kapa lipotso – hoja makala a amehang ao re a etsetsang litaba tsena a ne a ka fana ka tlaleho hore tabeng eane eo Setho se Khabane Morena oa ka a neng a lla ka eona re ha kana ka eona.
Mohlomphehi, ke mpa ke re feela ka ‘nete re aka taba ena ea tlaleho ena moo ho neng ho bua ka gender mainstreaming, ke mpa feela mona joale ha ke se ke fiela mabala ke re taba tse ling ha re li bua kapa re li sebetsa e ne e ka ba hantle hore re shebe na re le sechaba sa Basotho re tsoa kae, re ea kae.
Ke buisoa taba ena ke hore re rata hore re etse litaba tse etsoang ke lichaba tse ling kapa lithahasello tsa lichaba tse ling, empa joale tsela eo re phelang ka eona ka hare ho naha ka mona e sa lumelle maemo a joalo. Litaba tseo ke mokhoa ona u tla bona karolo e itseng e le eona e bonahalang eka bosebeletsi kapa litsébeletso li oela ho eona kapa li ntlafala ho eona, empa karolo e ngata ea sechaba sa Basotho e sa oele teng.
Mohlomphehi, taba eo ke buang ka eona, ke itse ke kopa ke bue ka eona be ke lule fatsé. Haeba Molao oo oa Bojalefa o entsoe re sa sheba na re buile le Basotho ka sebopeho sefe, hona joale the very same people ba itseng Molao ona o fete, ha u bone ba ea ho sechaba mane ba bua le sona. Marena a ka ke lipaki mona; letsatsi ka leng liofising tsa bona ba sebetsana le bojalefa.
Kea rata hore le uena u paki. Ke ile ka e lahlela ka leboteng ka mane, hore haeso Leribe mane ho na le tichere e ‘ngoe e sale e hlokahala, mohats’a oa hae a ea mabotsela le monna e mong, ngoana ke enoa o setse le batsoali ba hae, taba ke hore na ea fanang ka death certificate a li fa ea tlamehang ho ba mojalefa ke mang? Joale taba ee re e tsóare joang?
Ka mantsoe ana, Mohlomphehi, hoja tsa bo fula li bo tsóha esere mohlaope ba li tsóarisa serotsoana.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Morena oa ka, u behile litaba ka matla. Ke ne ke rata hore taba eo u buileng ka eona ea Motion, hore ha ho ile hoa etsoa motion ka Ntlong ka mona re tsóanela ho tseba hore na ntlha-kemo ea ‘Muso ke efe ka Matona a amehang.
Ka ‘nete re ne re ile ra re taba ena ke hore re ke re bone hore na re ke keng ra matlafatsa Standing Orders, e leng Melaoana e re tsamaisang ka mona hore hang ha Ntlo e entse motion, joale o ananetsoe ke Ntlo e Khabane, Letona le amehang litabeng tseo tse fetisitsoeng le tle ka mona le tl’o itlhalosa na ntlha-kemo ea ‘Muso ke efe.
Taba ena e tla re thusa ho qoba taba eane ea hore ebe re bohola khoeli, re ntse re etsa motions feela re sa tsebe li fella hokae. Ke ne ke re taba eo e bohlokoa haholo, feela hore e phethahale ke hore re tl’o fetola Molao ona, re tlame Matona maoto le matsoho hore once Ntlo e ananetse motion, ba tle ba tl’o itlhalosa.
Kea leboha.
HON. SENATOR M. KANETSI: Ha ke le lebohe, Motlatsi oa President le lona Litho tse Khabane.
Ke kopa ho aka Report ena e ntle haholo ea workshop, ‘me ke se ke ipiletsa hore ka nako ela, joale o tsamaile, ke ne ke re kea mo joetsa hore rona khale re lula.
O kae?
Ke ne ke re, Mohlomphehi oa ka Morena oa Leribe, ka ‘nete mariha haesale re hatsela ka mona Likomiti li sebetsa haholo mohlomong re ne re u shota re u hlolohetsoe. Re lutse mosebetsi o phethuoe, haeba ho na le tse seng kae tse sa lulang, ke bomalimabe, feela li lutse, Morena oa ka, kahoo u hlakole taba eo.
Ke ne ke cho ke re Litlaleho tse kang tsena li bohlokoa haholo, ‘me li teng Reports tse ling tsa maeto a etsahetseng nakong ea phomolo. Eo re bileng le eona re le Business Committee maobane re ne re ntse re bua hore joale litlaleho tse joalo li lokela ho tla li tl’o etsoa karolo ea business kahar’a Ntlo re tsebe ho etsa populate programme ea rona re le Business Committee.
So, ha re itsitsinyeng ba ileng ba tsóara maeto a ka ntle re tl’o fana ka litlaleho tseo.
Ha ke se ke ea tabeng, ke bona eka re ntse re tsóere hantle mane ho tloha Thaba Bosiu, joale re iphaphatheng ha re tsóere hantle.
Ke ne ke re e ‘ngoe eo ke buang ka eona ka ‘nete ha ke mametse tlaleho ena ea Molula-Setulo oa Health and Nutrition, ke hore re ile ra boetse ra ea Leribe ra ba le Phutheho eo moo re neng re ba le monyetla oa ho kopana le mahlakore ao ho ntseng ho thoe ha a oele ka bonneng kapa botséhaling, e leng other gender.
Re ile ra ithuta litaba tsa bohlokoa moo hoo ‘na ke ne ke tla etsa tsítsínyo hore mohlomong re ba meme batho bana re ke re tl’o ba utloisisa re le kaofela ka mona ka Ntlong, e tlere re tl’o shebana le Melao e ba amang, re be re batla re ba utloisisa. Ke utloile hore ha u ba mametse u khona ho ba utloa ho feta ha u nts’o sa utloe litaba tse sa tsoeng ho beng ba tsona.
Hore re tle re tsebe ho ba ntsoe leng ha re tla melaong e amanang le karolo tsena tsa batho, ka ‘nete ke tl’o sisinya hore re ba meme.
E ‘ngoe ke ena, Molula-Setulo, eo ke batlang, ka ‘nete ha re ke re shebeng taba ea hore taba ea nutrition ebe karolo e serious haholo eo re e nkelang holimo haholo.
Ke re ke ne ke bile ke mamentse Dr. Nkhasi this morning ho radio e ‘ngoe a nts’a bolela hore e se eka Basotho re batho ba bakhutsóane, feela ‘nete ha ho joalo, ha re batho ba bakhutsóane, re mpa re otluoe ke bokakachelana ba ho se je hantle. Joale mohlomong re ka ikeletsa, ha re le Komiti ea Health and Nutrition hore na re ka thusa mafapha a amehang joang hore mohlomong ho tloha pre-schools tsa rona ho atametsoe kapa ‘Muso o etse support taba ea phepho e nepahetseng e le ho qoba taba ea ena ea bokakachelana.
Ke utloa Report ena e le matla ka ho khetholoha,‘me e re fa leseli, ebile re etsa share le maikutlo lipakeng tsa rona.
Ka ‘nete ha re se ba ahloleng pele, re ba meme pele batho bao ba ke ba re fe litaba tsa bona.
Kea leboha.
HON. SENATOR S.S NKUEBE: Kea leboha, Mohlomphehi Vice–President.
Ke na le taba mona ntlheng ea ho mema others. Haeba ho le joalo, taba ea ka ke hore re na le hore ka nako e ‘ngoe ha re beha litaba, re batla ho utloisisa hore na ke eng e susumetsang hore ka nako e ‘ngoe maikutlo ha se reality. Ke tena ke cho joalo hobane ke re haeba letsatsing lena ke tsoha ke ikutloa eka ke mots’ehahali – ke maikutlo ha se seo ke leng sona.
Ka hona ke hore na ha ke tla – ho na le ntho ea hore ha u bona ntho, tsela eo u bonang lintho kateng ho thoe u hobosa motho. Taba ke hore na mohlang re ba memang re ba hlalosetsa hore na ‘na ke le Seeiso Nkuebe, ka tsela ena motho ea joalo o tla ba sa utloe ke mo hobosa na?
Kea leboha.
HON. SENATOR M. G. MASUPHA: Kea leboha, Mohlomphehi, Motlatsi oa Madam President.
Re fumane Tlaleho ena eo e ka ‘nang ea re fahlolla. Ho na le ntho tseo re leng batho re sa li boneng le ba bang ba ka ntle Basotho. Taba ea ka e fihla e thatafalla mona, ha kea utloa (ntle le haeba litaba tsena li ne li le ngata haholo u li khutletse) leha ke mo mametse ka hloko e kholo hore na taba ena ea batho ba bang, ha ke re ke ba batona le ba batséhali le ba bang, ho thoe re ba tlohelle kapa re ba tséhetse ba phethe mesebetsi eo ea bona re sa kena-kenane le maphelo a bona?
Ke ipotsa hore na ha ekare ha bosiu bona bo esa ka tsoha ke se ke re ke mosali, le tseba hantle hore ke monna, ka tsoha ke se ke re ke mosali, ‘me eaba taba ena ke e tiisa kathata ebile ke batla hore taba ena le e amohele e le joalo, na ebe taba ena e serious haholo? Na ebe le tla nkholoa, joale ka ha ke nyanyeletsa tabeng ea Morena oa ka oa Liphakoe?
Na batho ba neng ba bile Phuthehong mono ba kile ba botsa hore e le ho netefatsa taba eo ea batho ba joalo? Hore re e netefatse hoba ha se hangata u ka bitsang motho e mong le e mong, Mohlomphehi, hore u tl’o fumana hore na u tl’o bua – ekaba u ntse a u thetsa, le ho u thetsa.
HON. SENATOR R. P. L. PEETE: Kea leboha, Ntate Vice–President.
Ke ne ke re Morena oa ka oa Lioli ke utloa a tsóere hantle haholo, empa ke ne ke rata ho ‘motsa hore na, Ntate, na u hlokometse hore ho na le motho e mong ea tsebahalang haholo eo ho thoeng ke Somizi ka naheng ea boahelani eo ho thoeng ke monna a leqele?
Feela joale monna enoa o na le ngoana, o ile a ba le mosali a ba le ngoana, joale khabareng a fetoha eena e se e le mosali? Joale ke ne ke batla hore puong ea hao moo u ke u toboketse potso ea hore na joale e leng hore motho e ka ba monna kajeno, hosane a fetoha e se eba mosali? Neng a fetoha a utloa a s’a lekeha ke bosali a khutla ea eba monna hape?
Na ntho ee ea up and down e ntseng re tl’o e etsa khahlanong le seo Molimo a se entseng ka rona re le batho ba hae na ke ntho eo re tlang ho e qeta, Ntate Sempe, ha u sheba na?
HON. SENATOR M. G. MASUPHA: Kea leboha, Mohlomphehi VicePresident.
Potso ena e ntle haholo ea Morena oa ka; hoja u kil’a mpha monyetla ke phethele litaba tsa ka. Litaba tsa ka li mona: taba ee eo u buang ka eona ho na le motho a le mong feela a ka netefatsang hore ke ‘nete? Motho enoa ke “the other”, hoba mohlomong ekanna eaba rona re mo sheba ka sebopeho se seng, empa eena ehlile o tiisitse leha a bua leha a tsoka matsoho o bont’sa hore ehlile ke motho eno a joalo.
Motho ea ka netefatsang taba ena feela ke ngaka, le hona ngaka ea lits’epe. Na le kile la leka ho fumana hore na taba ee ea batho baa hothoe re ba tlohelle feela ba ipuele feela ka mokhoa o lokolohileng, hobane ke naha ea bolokolohi ee? Ho se ho se na le proof ea lingaka hore na efela e le ‘nete motho enoa o fela a hlile a le boemong bono bo joalo na?
Taba ee, Mohlomphehi, ebe e ne e bolela hore se kaha’re seo motho enoa a leng sona re mo tlohelle hore a tsamaee a ntse a le joalo feela? Na ha re bone eka ntho ee e tl’o ferekanya sechaba, e ferekanya Basotho, e ferekanya motho e mong le e mong hore a qetelle e re ha imetsoe ka ‘nqena ebe oa t’sela ho t’selela ka nq’ane?
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ka ‘nete kea tseba hore Setho se Khabane se ne se qetella, joale ke utloa eka nka khahloa haholo ha e ka re ha a qetella tjena a ka qetella a akarelelitse potso ena, hore na o se a hlokometse hore bekeng eona ena Lekhotleng le Phahameng mane e mong oa babelaelloa, kea kholoa ke polaong, o sitiloe hore a isoe ka koana ka tlhabollong hobane a sa tsebe hore na o tla isoa ho ba batona kapa ho ba batsehali, ‘me Lekhotla la qetella le amohetse boemo bono ba hore a se ke a ea, hobane joale ha re na lits’ebeletso tseo tsa motho ka boikutlo?
Qosong ea hae ho ngotsoe hore, “monna ea lilemo li mashome a mararo a metso e ‘mene, oa kae-kae o belaelloa ka …” empa e itse ha ho se ho fanoa ka taba ea hore joale a tsamaee a ee ka mane-na taba ee ea makhotla ha a bone eka e se e le eona eo re seng re tlameha hore re amohele, marena a ka, hore boikutlo ekaba ntho e teng na?
HON. SENATOR S. S. NKUEBE: Potso ea ka e nyanyelletsang ke ena: ke utloa Mohlomphehi Motsamai a bua litaba tsa bohlokoa haholo, hobane ka ’nete ha a se a bua ka makhotla hona le ntho e ‘ngoe e ileng ea nqholotsa hore na Ntate ‘Makholu ha a se a tlotse molao ha e se e le ntate tjena o tla natefeloa ke hore a ee ka banneng na?
kea leboha.
[litseho…]
HON. SENATOR S. G. MASUPHA: Mohlomphehi Vice President, ua tseba taba ena kea e leboha, hobane Litho tse Khabane ke utloa eka li lumellana le ‘na 100%,‘me kea li leboha hobane taba ena ‘na ke re re le batho ba etsang molao re ke re e shebeng ka leihlo le nchocho haholo pele re ka ra tempa taba ena hore efela batho bana ba lokolohile ba lokela hore ba phele ka bophelo bono. E tla re ha ho le tjena re tla iphumana re kene ka har’a seretse re ikentse e le rona ka bo-rona ebe Basotho ba re betsa ka majoe.
Mohlomphehi, kea leboha.
[liatla…]
HON. SENATOR L. L. SEEISO: Ke kopa ke u lebohe, Ntate Vice President.
Ho teng ke hore holim’a taba ena eo re ntseng re e qoqa e se e le taba e teng ka hare ho naha ena, le ka har’a malapa a habo rona e teng. Re tlohelleng ho tla iphapanyetsa ‘nete. Motho e mong ha u mo shebile tjena, Ntate Vice President, u ka bona t’sobotsi tsa monna feela bo-kahare ba hae e le mosali. Joale, Mohlomphehi oa ka, taba ena e tlisa moo ke reng haeba re Litho tsa Ntlo ena ke nka re le batho ba emetseng ba nang le hona le ba se nang hona ka hore mofuta ono o joalo ha o na boemeli ka hare ho Matlo ana a mabeli.
Hona le batho ba bang ba teng ba ntseng ba phela ka hare ho naha ena ea Lesotho ba bang ba bona ba na le balekane ba lula le balekane ba bona, feela seo ho ka bonahalang ehlile ba se thabela ke khomo ea maoma. Basotho ba ee ba re khomo ea maoma ha ena seso. Ke ka mokhoa oo Sesotho se buang kateng.
Ka mokhoa o t’soanang hona joale tjena ho batho ba bo ‘m’e bao re bonang nq’a e ‘ngoe e le baroetsana kapa e le batho ba joang, ba tena mese, feela hangata nq’a e ‘ngoe u tla bona thahasello ea bona e le ho sekameleng ho tena marikhoe. Le batho bao ba ba tloaetseng u tla fumana hangata hore ke batho ba bo ntate ho feta batho ba batsˇehali.
Joale ke re ho teng ke hore taba ea National Assembly le Ntlo ena ke ee ke re ke ea e hlompha, empa leha re kaba ra ba bana ba motho ha re na ho ts’oana ka maikutlo. ‘Na ke re karolo eno ea sehlopha seo re tlameha re e tsebe ka botebo, hobane karolo ea rona bongata ha re tsebe seno seo ba se phelang. Re ba fe tsebe re qoqe le bona e le hore ha re tla re lebane le melao e ba tobileng ra be re tseba hore na seo ba se phelang na ke sefe. Ba bang ba etsa “hai! Ntwana”
MR. VICE PRESIDENT: Potso ka Honourable Senator Kanetsi.
HON SENATOR M. KANETSI: Ka ‘nete o t’soere hantle hona hoo Morena oa ka oa likhoele, ke hona moo re leng hona teng re le Ntlo hore Ntlo ena ke ea motho e mong le e mong, ea mokhuts’oanyane le ea molelele, ea mosoeu le ea motso, a mot’sehali le a motona le ba bang. Joale re ke ke ra iphapanyetsa boemo bono, empa ke ne ke re na Morena oa ka ho joang ha nka ka re na ha u se u lebelletse ngoana le mofumahali oa hau -ua tseba hore na ngoana eo o tl’o hlaha e le motho ea joang?
Ho ka etsahala hore Molimo a u fe ebe ke enoa a oelang ho ba bang. U tl’o etsa joang? U tl’o lakatsa ha sechaba se t’soara ngoana eo oa hau joang? Ke potso ea ka eo, Morena oa ka.
HON. SENATOR L. L. SEEISO: Ntate Vice President, ntle le bosoasoi, ntle lehaeba bongata ba rona ha re tsotelle ho tla sheba ka ho tebisa maikutlo, Molimo ke Molimo, hangata u tla be u bone batho bano ba sebopeho sa mofuta ono, ‘M’e Kanetsi, Molimo a ba file le ka kelellong. Ke batla ke tle le taba eo ke boneng hore Letona la rona la tsa Molao o lakatsa hore Matlo ana a mabeli a tle a e shebe litabeng tsa bojalefa. Lesotho mona ho ile ha hlahella bajalefa e le batho ba batona…
Ke kopa ke ofe monyetla, ‘m’e.
MR. VICE PRESIDENT: Potso ka Honourable Senator Mokhathali.
HON. SENATOR M. MOKHATHALI: Kea leboha, Ntate Vice President.
Ke ne ke botsa Morena oa ka hore na ha re bua ka boemo bona ebe rea hlokomela hore re kanna ra ba boemong boo ka letsatsi le leng taba ee e tl’o kena-kenana haholo le meetlo ea rona re le Basotho kaha Lesotho mona re sana le molao o kang motho ea ka hlahlamang boreneng – ha ke tsebe haeba ke borena kaofela kapa ke ne ke re ba sehlooho e tlameha ho ba mora oa pele oa morena? Na haekare ha re le hare eaba ngoana oa hau oa ngoanana o se a re ke monna re tl’o etsa joang? Re tla be re se re re ehlile ke eena morena oa sehlooho, o se a re ke mora oa morena?
Kea leboha.
HON. SENATOR L. L. SEISO: Mohlomphehi, ke ne ke batla ke tle ke tle ho taba ea hau, ‘M’e Kanetsi. Ka hare ho naha ena mane moo ho buuang ka litokelo mahlong a molao re ea lekana esitana le Ntate Motlotlehi. Bohle kapel’a molao rea lekana; o motona, o motsehali.
Ke batla ke tle ke tle ho taba ea hau, ‘M’e Kanetsi. Malapeng a mangata a Basotho Molimo o na le hore hangata ho hlahe bana ba pele e le batho ba batona. Re ntse re shebile litaba tsane tsa molao oa Lerotholi, o na le botle ba oona feela ke re hona le moo ho nang le mathata ka oona. Ke batla ke tle ke tle tabeng eno eo u qetang ho botsa u ipapisitse ka eona ka hore malapeng a mangata a borena ho ile ha ’na ha ba le hore ho hlahe batho ba nang le bokooa. U fumane e mong ke ea sa tsebeng ho bua feela a bang le hona hore a utloe. Karolo ea lelapa labo, Ntate Vice President, e ne e ba le hona hore e mo tlatse motho eno a sebetse litaba tsa puso.
Ka mokhoa o t’soanang ke re ‘n’a ha ke kholoe hona le sebe hore ebe ngoana e mot’sehali – ke re re tla fapana ka maikutlo. E mot’sehali o na le khaitseli ea hae e kholo ke letaoa lena le kentseng hlooho ka nkhong ea joala, hobane feela hothoe o moholo hothoe ke mojalefa.
Molao o qetang ho feta oo, Mohlomphehi, o na le botle le limpe tsa oona joalo ka ha re ke ke ra bona litaba ka ho t’soana. U fumane hore motho eno hothoe ke mojalefa! Ka bomali-mabe kapa ka lehlohonolo ke sebetsana le litaba tsa li-estate tse eeng li nthetse, Ntate Motlatsi oa President, e tla ba lelapa le nang le bana ba motho ba babeli- ke se ke ile ka teana le eona sebakeng seo ho thoeng ke molikela e le lelapa la Mphulenyana. Bana bano e ne e le bana ba motho ba babeli. Lelapeng la pele ho na le banana ba babeli le khaitseli ea bona. Rangoane oa bona o ne a sa batle ntate oa bona le bana ba hae ba ne ba sa rate eno moholoane oa ntate oa bona. Eaba moshanyana enoa oa boraro oa hlokahala, bo ausi ba hae ba nyetsoe bobeli, moshanyana eno o ne a so nyale eaba hothoe ho hlokahala mojalefa. Eaba banana bano kaha ba nyetsoe ba tingoa monyetla oa ho tla ja litokelo tsa ngoana bo bona. Eaba chelete ena e tl’o tlameha ho fetela lelapeng la bobeli la rangoane oa bona eaba ke eena a bang le tokelo.
Litaba tsena ke re re li bue ka botebo, hobane ke re le oona molao ona rona ba bang re ne re sa bone –bophelong mona ha hona tonki sebeletsa pere. Ua botse Marena ana a ka a Sehlooho ana a teng ka mona kapa re botsane hore na re phelisana joang le bongata ba baena ba rona. Ha re isane ‘moho hantle. 99% leha u ka ba etsa hantle hangata u tla fumana ba bang ba hana khalemo, ha u re “hela, ntate, ha u tsoa ka tsela ena ha hoa nepahala” feela u fumane hore re ba tlas’a maemo ‘ona ano.
Ke ne ke batla ho tla tabeng ea hau, ‘M’e Kanetsi, ke re taba ena e tebile ho feta eo ke reng bana ba banana ba na le hona hore ba apare mese feela hangata ha u phela le bona u ba shebile hangatau tla bona ba na le ho apara liaparo tsa banna, lieta tsa bona e le li-full brogue u bone eka ekare o apare joaloka motho oa monna.
Likarolo tseno ka bo-tsona feela lia re bont’sa hore na t’sekamelo ea motho enoa na o sekametse hokae. Ke re bo-ntate ba bangata ba kileng ba sebetsa merafong nakong e fetileng, ekabamotho u ne u sa tsebe litaba tsa bona, empa ba bangata ba ne ba tla ba jarile thoto e kholo, hobane ha ba ne ba le koana ba ne ba fetoha balekane ba batho ba bangata ba neng ba sebetsa merafong koana. Bongata ba bona u ne u tla bona ba le mat’soala.
Re ka ipapanya, feela ke re ke linnete tse teng tseo re phetseng le tsona re le Basotho. Batho bana ha re ba shebeng ka qenehelo. Ke re ba teng malapeng a bo rona ha ho hlokahale hore na re ka etsa mention mabitso afe.
Kea leboha, Ntate Motlatsi oa President.
HON. SENATOR P. L. P. PEETE: litaba tsena tsa batla li ba thatanyana, Ntate Vice President. Li boima, empa mohlomong li tla ba bonolo ka thapelo, Ntate. Re naha ea Bokreste, ‘me ha re le naha ea Bokreste re nka hore seo Morena Molimo a re bopileng ka bosona ke sona seo re lokelang hore re se phele.
Bana bana ke bana ba bo rona ke bana ba rona ha re na monyetla oa hoba lahla. Empa feela ha u tebisa maikutlo u le motho nakong e ‘ngoe ea u imela ka kelellong hore na ha re ruhile liphoofolo ha hona mohlang le ka mohla u ka bonang khomo ea phoho e phahamela poho e ‘ngoe. Ha hona mohlang u ka bonang sethole se lelekisa sethole se seng se batla ho se palama.
MR. VICE PRESIDENT: Potso ka Morena oa Linare
HON. SENATOR J. A. MOTSOENE: Mohlomphehi, ke ne ke re feela ke botse Setho se Khabane potso e ‘ngoe eo ke tlang ho mo hopotsa eona. Na Setho se Khabane o ne a nepile ha bona Setho se seng se fihla se paka koloi pel’a koloi ea hae joale a botsa Morena oa ka oa Likhoele hore na “ke mang a pakileng ‘meri oo moo? Pere ena ea poho e tla e tlolela – e le likoloi na?
HON. SENATOR R. P. L. PEETE: Kea leboha, Ntate. Ke ne ke re potso ea Morena oa ka oa Linare e ea nthatafalla. Che, ke tlanne ke e nahane ke tla e araba ka nako e ‘ngoe.
Moo ke neng ke le teng ke hore ke re ha ke na ho ema mona ka sebete sa hore bana ba borona ba lahloe le bana ba rona bao re ba tsoetseng. Feela ke batla ke ea le maikutlo a Morena oa ka oa Lioli, hore taba ena e batla e shejoe ka mokhoa o hlokolosi. Lebaka leo ke chong tjena ka lona ke hobane ke tseba monna kapa mosali e mong mona South Africa eo ho neng hothoe ke Caster Semenya. Caster hothoe joalo ka ha e ne e le motho ea mathang a matha le banana a ikhethetse hoba ngoanana, ha hothoe “on your marks, get set, ha hothoe go” o fetile bana bana joalo ka ha eka hohang ha a s’o tlohe a na le bona,‘me a re eena ke mosali.
Empa rona joale ha re bona structure sa hae re re “aecona! Motho enoa ha se mosali, le tsela eo a iketsang present ka eona bophelong ba day to day ha a bont’se eka ke motho eo u ka r’eng ke mosali” ke mokhoa ona taba ena e ileng ea baka litaba South Africa le ho nyoloha kaofela lefat’seng o ne a matha hohle mona.
Ke re motho ea joalo re ke ke ra re rea mo lahla, empa e batla ka ‘nete e se sefuoe ka mokhoa o hlokolosi haholo joalo ka ha Morena oa ka oa Lioli a cho, hobane ba bang bona ha ipona a le mobe ka litsobotsi kapa haeba mohlomong a bona ba batona ba lieha ho tla ho eena (hobane ke ntho e etsang frustrate motho emot’sehali ntho eno) a bona hore batho bana ba ntse ba ea bakhotsing bana ba ka ha ba tle ho nna ntho – eno ekanna ea mo bakela frustration hoo a ka qetelletseng a iketsa the opposite sex, hobane feela a bone batho ba lieha ho tla ho eena joale ebe o se a ikhethela.
Ha e le hantle ‘na kutloisiso ea ka kapa seo ‘na ke neng nka khothaletsa Ntlo ena hore…
MR. VICE PRESIDENT: Potso ka Morena oa Liphakoe.
HON. SENATOR S. S. NKUEBE: Potso ea ka ho Morena oa ka oa Mapoteng ke hore na ebe ho ntse ho le joalo re na le bana ba bo rona bao e leng hore ba ikhethetse bophelo boo ba ikhethetseng ho phela kateng, joale na o hlokometse ho na le ba se nang boikhethelo bao e leng hore ba hlahile eka mohlomong ba fositsoe ke tlholeho? U tla fumana hore ka nako e ‘ngoe motho o ba habeli!
HON. SENATOR R. P. L. PEETE: Kea leboha, Morena oa ka oa Mose ho Seaka. Ke ne ke re ehlile taba eno eo u mpotsang eona ke hona moo ehlileng ke leng hona teng. Ke re batho bana ba se ke ba lahloa, empa feela batho ba se ke ba etsa ka boikhethelo ba bona. Hona joale tjena ha ke le Ntate oa Mahali tjena ha ke batle hore ka ‘na ke re molao o etsoang oo re ka o etsang re le Ntlo ena e Khabane esekaba hore leha ke se ke sa batle ho nka boikarabello ke se ke ka ikhethela hore ke se ke le ‘Mamahali ha ke sa le Ntate oa Mahali… [litseho]… feela originally ke tseba hantle hore ke ntate oa Mahali. Ebe ntho eo joaloa ka ha Morena oa ka oa Lioli a cho a re “aecona ena e tla hloka lits’epe motho a il’o nyareloa hantle a shebisisoe hantle ke ba tsebang hore ho bonahala motho enoa, le haeba ha re mo sheba o na le litelu, feela eena ha e le hantle ha a shejoa ka hare ho bonahala hore o na le popelo” ebe e le hona re ka ra nkang motho eno a le joalo. Eseng motho eo re ntseng re mo tseba mona re ntse re tsamaea le eena e le motho a tjena.
Ha ke etsa mohlala, Somizi ke ntho eo e leng thato ea hae, hobane o emaritse mosali, mosali eno a ba beleha. Joale boemong bo joalo re tl’o re motho eo-hobane joale lea utloa motho eo o etsa ka thato ea hae, oa fetoha? Ha a khutletse back to his senses a kanna a re “aecona, ke khutlela to my origin”!
Ke t’sehetsa maikutlo a Ntate Sempe. Batho bana ha rea tlameha re tl’o nka e mong le e mong mona a re ‘na ke tjena ha ke tjena. Ho lokela hore re tsebe hantle. Taba eo ke neng ke e buile ke hore re naha ea Bokreste,’me ka Sekreste ntho ena ke Sodoma. Akere ua hopola motho o ile a ahloloa mola Bibeleng hampe feela a fumanoa a ikabile ka e mong a ntseng a t’soana le eena…
[litseho]
MR. VICE PRESIDENT: Potso ka Morena oa Likueneng.
HON. SENATOR M. M. MOSHOESHOE: Morena oa ka oa Matšekha, Ntatá Mahali, ke ne ke fana ka report ea Komiti ea ka. Ke eona e qhololitseng litaba tsena. Empa report ena e hlahisitse litaba tse ngata. Ke kopa hore na u ka ntumella hore joalokaha ‘na Komiti ea ka ka kotloloho e sebetsana le batho bana ba mofuta ona- ke tla mema lihlopha tsena hoba ba se ba na le mekhatlo e registered ka hare ho naha ka mona. Hape ke tla mema lihlopha tsena ka mekhatlo e fapaneng, ke ba meme ba tle ka pele ho Ntlo, e se e se ka pela Komiti, hobane ke ile ka ikeletsa hore ke ba meme ra ba ra ea Leribe koana, eaba ke isa Komiti ena Leribe koana. Ba fihla ba itlhalosa ka pela Komiti ena ea ka.
Joale ke karoloana feela ea Komiti e tlang e fahlolohile. Le Mohlomphehi Kanetsi o bontšitse hore pele ba ea moo Komiting ba ne ba se na kutloisiso ena e pharaletseng. Joale ke bona hore ke kope hore u ka ntumella hore as soon as in two weeks’ time, nke ke meme mekhatlo ena, hobane ke utloa lipotso tsa lona tse ngata li batla tlhakiso, joale monate ke hore ebe bona ba tl’o itlhakisa.
Na u ka ntumella, Ntat’a Mahali, kannete ke sebetse joalo?
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa ka oa Matšekha.
HON. SENATOR R. P. L. PEETE: Kannete ke utloa Morena oa ka oa Likueneng eka o tla ba e loanne haeba a ka etsa joalo, re tl’o bua le bona. Feela ho etsa confront motho ea joalo ka nako e ‘ngoe, rona ba bang re na le letsoalo. Motho ea joalo e se eka ua mo hobosa ka nako e ‘ngoe. Ke ho re ha u se u mo toba u mo botsa hore na “u re u na le tse peli?” E hlaha ka nako e ‘ngoe eka re etsa joke ka motho ea joalo. Ke hore ha ke tsebe hore ke ntho e ka sebetsoang joang. E hloka ho atameloa ke batho ba baholo. Ekare e ka atameloa ke liqhoku tse seng li utloisisa litaba hantle, e leng tse sa tl’o tla li hlaha eka motho oa mo hobosa.
Ha ba se ba le mona, re se re ba hlahletse mahlo –not necessarily ho ba tonela mahlo but re re, re utloisise hore motho o ikutloa joang. Ha u le monna, ho na le nako eo u ikutloang ha u le monna horeekare u ka kopana le motho oa opposite sex. Ke ho re eke u ka kopana le motho oa ‘M’e. It is only natural hore ha u le motho oa ‘Me’ ka nako e ‘ngoe o ikutloe eka le uena u ka kopana le motho oa Ntate.
Joale batho baa ha ba se ba le moo ba se ba botsoa, “u ee u utloe eka u batla ho kopana le motho oa ‘Me’ u le ‘Me’ e mong tjee, u utloa eka ho ka sebetsoa joang?
‘Na ke utloa eka lipotso tse ling ha re le ka pele ho li-camera tjena, ekare li etsa humiliate motho. Ekare ke ho hobosa motho; ke utloa ke ba tšaba.
Ha ke feta mono, Ntate…
MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Senator Kanetsi.
HON. SENATOR M. KANETSI: Kea leboha, Morena oa ka, ke re feela re ka e etsang hore e-be in camera? E le hore media o se ke oa tla, e le hore le bona ba tle ba tsebe ho phutholoha. Empa ha ke u amele ha ‘nyane hore ke batho bao ehlileng ba neng ba batla ho botsoa, ba le teng ba re, “re kopa le re botse”. Lipotso tse thata-thata tseo ua tseba re ne re li botsa, feela ba ne ba li araba. Joale ra ba ra utloa hore re hlokang ho tla tla utloa taba ena, re e utloelang hong. So, ke re u ka re eng ha re ka e etsa in camera?
MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa ka oa Matšekha.
HON. SENATOR R. P. L. PEETE: Kea leboha, Ntate Vice President.
Ke ne ke re lintlha tsohle tse ka etsang hore taba ena e re bebofalle, kannete ‘na ha ke na bothata le tsona, kea amohela ka hohle-hohle. Ke utloa Litho tse Khabane li etsa allay my fears ha ba re batho bano ke bona ba willing hore re ba botse ba arabe.
Ke ne ke rata ho le hopotsa, Litho tse Khabane le hape Morena oa ka oa Lioli, hore maobane Letona la Health le ne le le mona la bolela hore mafu ana a sa foleng, a kotsi-kotsi a boetse a bakoa ke bona batho bana bao ho thoeng ke batho ba boleng bo le bong.
Ho thoe mafu ana a mang a kang bo Monkey-Pox, HIV and AIDS – rea tseba hore ha re mamela History ho ntse ho qoqoa, hothoe ke lintho tse qalileng ka mane ka batšoaruoeng moo ba fumanang hore ha e le banna, ba ikhethela hore ba nka eng. Ebe e le hore taba ena e qetella e entse hore mafu ana a be a se a ntse a ba mangata ka tsela ena eo joale re sa khoneng hore na batho bana ba phekoloa joang.
Taba ena is problematic, hobane ka mokhoa oo Morena Molimo a entseng popo kateng hore na ho tla sebetsoa joang, joale rona re ikhethela hore re tlohela ee ea se-Molimo re iketsetsa e ‘ngoe hape e ka mokhoa o ka thoko, Morena oa ka oa Ha Maama! Ua utloa ke ntho e tl’o tla e baka hore ebe e le hore ha ho sebetsehe hantle? Ntho eno e tl’o baka mafu!
Letona la Health le ne le lutse mono moo u lutseng, Morena oa ka oa Likhoele, maobane, le bolela hore bo-ntate bana ba robalang le bo-botate, ke bona ba re bakelang bothata ba hore mafu ana a nyolohe a ee holimo ho feta. Ho thoe Monkey-Pox e rata bona haholo.
Kea leboha, Mohlomphehi.
MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa ka oa Litšepé.
HON. SENATOR B. G. API: Ha ke u hlomphe Ntate Motlatsi oa Motsamaisi oa Ntlo le Litho tse Khabane.
Ke rata ho etsa mohlomong eka kea tlatseletsa, hobane le ‘na ke e mong ea neng a le Leribe. Ke kopane le batho bana, ehlile lipotso li le teng ho bona.
E kholo, joalokaha ke mametse Litho tsena tsa Ntlo ena ea Senate li bua taba ena li arabela ebile li tlatseletsa, ‘na nka re feela, beng ba ka, re tle re hopoleng hore rona re baeta-pele. Ha re le baeta-pele, joale sechabeng mane tlaase re na le batho bao re reng ke likooa tsa puo, tse ling ke likooa tse sa tsebeng ho tsamaea, tse ling ke likooa tse tsoang liqhenkhe… (Interrupted)
HON. SENATOR S. M. G. MASUPHA: U mpha Potso, Morena oa ka?
HON. SENATOR B. G. API: U tle u mphe monyetla hanyane nke ke ee pele ke tsebe ho u fa potso, Morena oa ka.
Joale ke re, beng ba ka, taba eo Komiti ena e ne e sekehela batho bana tsebe ke hobane e se e le batho ba bangata ba phelang kahare ho metse e le karolo ea rona. Ha e se ke ea re nyarosa ra ba ra qetella Komiti ena e se e le sechele sa hore e le bitsetse batho bano, le tl’o utloa maikutlo a bona. Joale ha le qeta ho utloa maikutlo a bona ebe le tla tla le lula fatše, ha le qeta ho lula fatše re se re le Ntlo kaofela joale re tsebe ho ea tabeng ena ea Komiti ena ea ‘Me’ Makholu hantle. Joale re tle re tsebe hore litaba tsena re bua ka tsona, hobane re utloile ka beng ba tsona.
Joale ‘na ke re, beng ba ka, re ka bang bobebe, ena eo Morena oa ka oa Matšekha a buang ka eona a re e tla ba litlhong hore o botse motho a le ka lehlakoreng lena la Tafole, ebe e mong o eme ka nqa eane, eba o mo hoapela mahlo, oa mo botsa… ‘Na ke re ha re beng bonolo, beng ba ka, re tl’o mamelang batho bana. Ha re qeta ho mamela batho bana joale ka morao re tl’o tla re ikhethela hore na re tla tla re arabela hore na batho bana bao e leng Ntate, e leng ‘Me,’ na re tl’o arabela ka mokhoa o joang.
Hona kahare ho bona ka mono, beng ba ka, ‘na kaha ke re taba ena ke ne ke e mametse, ba bang ba itse ba balehile metseng mane hobane joale Ntate a ne a nka karolo ea hore a fumane moshanyana ea lekanang hore a il’o alosa liphoofolo, empa a bona hore Ntate mona moo a nkisang teng ha hoa nepahala, ‘na boemo ba ka ke ba hore ke ee mane mantloaneng, ke ee mane moo ho tla hlaka hore ke ngoanana.
Qetellong ea qetello ha a se a holile, Ntate o ratile ho mo nka a ka mo ise thabeng, joale a re Ntate o tla nkisa thabeng joang empa ke sa ikutloe eka ke tla khona hore ke arohane le banana ba bang ke ee thabeng.
Ke litaba tseo ba neng ba re fa tsona. Joale ‘na nka re feela, rona joalokaha re le babusi litaba tsee li phela ho tloha sechabeng tlaase mane, ebe li ea mane ofising ea rona moo e ka bang batho bana ba il’o llela teng ho re ho bonahala tlaase mane ba sa tšoareha hantle – le ‘na ke e mong ea neng a re, ‘ha re amoheleng, beng ba ka, hore ‘M’e ‘Makholu a bitse batho bana’, joale rona re le beng ba sechaba, re tle re theole maikutlo joale re tle ka lipotso tseo ba tla re tataisa ka tsona hore re khone ho ba utloa hantle.
Joale ha re qeta ho ba utloa hantle, re le Ntlo re tla lulelang fatše taba ena re tl’o e buang ka tsela e matla, hobane joale re utloile litaba tsa bona.
Ke kopa, Morena oa ka hore u ka mpotsa, ke tle ke tsebe ho tla araba taba ea hau, Ntate.
MR. VICE-PRESIDENT: Potso ka Morena oa Lioli.
HON. SENATOR S. G. M. MASUPHA: Potso ea ka e mona, Morena oa ka; na ha le ntse le botsa batho bao u bolela kannete le ile la fela la kholoa hore efeela ntho eo ba e buang empa e se liketso tsa ka ntle, empa ka hare e le fake? Le ile la ikholisa hore taba eo efeela e le joalo na?
MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa ka oa Ha Ramabanta.
HON. SENATOR B. G. API: Empa feela ke re, Ntate, joalokaha ke re litaba tsena ke litaba tse teng ho tloha ho bona – e mong o ne a bile a le litelu li ngata bona bo tšabehang, feela ebile u bona hore feela, che, o li kutile. Enoa e mong e ne e le motho oa senatlahali leha u sheba u bona hore leha a roetse seeta sena seo e kang rifi, o fikara ea bo-ntate. Joale ha u mo sheba u bona a atlehile u ka ua ba ua nahana mohlomong o ‘meleng.
Joale ke re ka botebo bono boo uena u buang u re na re ne re bone – e ne e se karolo eo re neng re ka re re batla ho bona. Empa kaha re na le bo-‘M’e Mafumahali ba le teng tjee, joale ka mona ka moo re eang ka matlong ao re reng ke matlo a matloana, ke hantle le tle le tsebe ho kholoa ha re re bo-‘M’e baa, a k’u tsoeng hee le ke le poteleng ka mane, le tl’o re bolella.
Ke taba eo ‘na nkekeng ka re rona re le Ntlo ea Senate re etsa Molao, re le Ntlo eo mohlomong re thibang sechaba bohale mane, joalokaha re re batho ha ba itlhahise ba hlahisoa ke rona re le sechaba, joale re tsebe ho tla tla bua. Ha se ‘na feela le Ntate, empa ho joalo. Ho joalo! Joale empa feela ke re e ‘ngoe e kholo hape ke tle ke hopotse Ntlo ena, ke ena mohlomong ea hore linakong tse tlang ekaba e ‘ngoe e ka hlahellang. Beng ba ka, re na le banna bao re reng ha ba pheleloe ke basali. Ke taba eo re e tsebang. Empa ha e buuoa ke mane moo u tla utloa ho thoe na ‘M’e ha a tsoa sepetlele, ngaka e ile ea ‘molella hore motho eo ha a hlaha o hlaile joalo ka ba bang? Bo-‘Me’ bona ba ea tseba hore na motho ha a hlaha o tlameha a hlahe ka sebopeho sefeng.
Litsebi li re o hlahile a checha! Ke taba eo re e tsebang. Joale ebe ho tl’o tla hothoe o sebete se sesoeu. Ke likarolo tse ling tseo re reng ke litaba tseo e ka reng rona re le basireletsi ba sechaba, re le baetsi ba Molao, litaba tsena kaofela ke litaba tse tla kena kahare ho Ntlo ena. E tla ba litaba tseo Ntlo ena e tla qetella e li sekehela tsebe, hobane re sebeletsa sechaba sane se tlaase mane metseng kahare ho Paramente ena ea Lesotho.
Kannete ke rata hore ke re, Ntate, ha e le mona le ‘na ke hlahisitse tjena kannete, ke ne ke re ke akhetse molangoana.
Ntate, kea leboha.
MR. VICE PRESIDENT: Morena oa ka oa Thaba.
HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Mohlomphehi, kannete taba ena eo Morena oa ka ke fumanang a e bua, batho ba ka ‘na ba re motho eo o utloile eng?
Empa seo Morena a se buileng haesale ke kena ka mona, se bontšitse boeta-pele bo hloahloa, ba tolerance. Ua bona taba e kholo ke hore Morena oa ka ke monna ea tsoang le sekolong sa rona sa bosechaba. Empa kutloisiso e thopothelang tjena e bontša bohloahloa.
Taba ena ke phephetso e kholo lefatše ka bophara. Ha u le moeta-pele ka nepo u lokela hore u amohele litšobotsi tsohle tsa batho ka mokhoa oo Molimo a ba bopileng kateng. Batho ba bang ba tla tloha ba re taba eo ke ea Bosotoma ha e ea loka, ‘me e hanana le liketso tsa Molimo. We can go deeper and even say e tla ba Bibele e ngotsoe ke batho ba nang le aspirations tsa bona le li-conviction tsa bona and they have sold the idea ea Bible to other people. That means then re tlameha hore le eona re e shebe ka tšobotsi e ‘ngoe Bibele, hobane e ngotsoe ke motho.
Nobody ea kileng a ngola Bibele ea kileng a re eena o na le aterese ea Ntate Molimo. Ke hore Ntate Molimo o mo ngolletse a re tsamaea o ise litaba tsena. Li entsoe ke bo-Paolosi, bo- Nehemia and all other people. It means that we can question that as an issue hore le eona ha ea nepahala ha e le tjena. Empa ke ema ho u leboha, Morena oa ka, u utloisisa leadership hantle.
Taba ena ke phephetso, honajoale tjena ha re sheba litaba tsa America. Kamala Harris le monna eo a tsamaeang le eena eo ho thoeng ke Waltz ba re ha ‘na ke le monna kapa mosali e le mosali, o lokela a hlompheloe hore na ha a na le ho ikutloa hore, lingaka li shebile ka seiponeng ka mpeng ea hae. Mosali a be le tokelo ea ho tlosa ngoana ea tlang ka peto kapa ea nang le bothata.
Ho babang Trump ke Mokreste ea ipitsang Mokreste, feela oa lehlanya, ea seleng, ea buang lipuo tse bohla ka linako tsohle ka batho ba bang. Trump is on record saying Africa is a shit-hole; ke hore ke ea batho ba botsoa ba ratang ho nka liphallelo le lintho tse joalo! Ha se motho ea nang le lipuo tse ntle; nako ena kaofela ha a bua ka Joe Biden o re ke crooked Joe. Joale ha u nka batho bana ba le babeli u batla ho etsa khetho ea hore na o khetha mang.
Empa taba ena ea batho ba li-gay e lokela hore re e tsebe, hore potso leha re e-s’o fihlele teng, e ea tla ho rona. ‘Me ke rata ho leboha ha re na le batho ba reng, ‘taba ena e thopothetse joale likelellong tsa rona hore we should spare a thought for those people’. Ha e-s’o etsahale ha hau, kapa ngoaneng ueno, kapa ngoaneng oa ngoan’eno ha u na tseba. U e bona le ho e utloisisa ha e se e le one of your best friends, lapeng ha hau, ngoana oa hau a u joetsa hore, ‘ae, kannete ke moshanyana,’ feela u ‘mona e le ngoana oa hao o mo holisitse e le ngoanana.
Ke tšobotsi eo Morena Molimo a e bopileng. Rona le rona re re it is nature! Nature is what? It is an invention of God.
Ha se hore ha u nahana hore you are right, ke hobane u le motho oa Molimo. Ha u mong ka taba eno le rona we can interpret our understanding according to our own, that is how do we perceive issues. Ekare re ka utloisisa, Marena a ka, empa ‘na ke thabela hore Ntlo ena ekare we understand batho ha ba na le that manhood nature, tšobotsi eno ea rona ea batho ha ba le mascular, hore ha ba le joalo ba nepahetse; let us get the thought of other people.
Can a child just want ho iphethola ka mokhoa oo ka boomo feela? aAbatla hore a fumane eng? Haholo ha taba ena enyonyoa hakana ke batho ba bang. So we need to carry on on the road, re tsamaee ‘moho re tšoarane ka matsoho hore we need to accept other people hore na bona ba hlaha ka tsela efeng.
Nka thaba haholo ha nka ka bona Ntlo ena majority ea eona – hobane kea tseba ho tla ba thata ho batho ba bang, empa ha Majority ea Ntlo ena ha e ka ea re, yes, let us believe in this hore batho bana ba teng, ba lokela ho lumelloa hore ba phele… Ba se ke ba sitisoa kapa ho hlouoa.
There are other people who say ke batho ba Bibele feela ba bolaea batho bana, ba ea ba fenetha. Ke ee ke cho hore kannete le ‘na ha ke batle monna ea ka tlang ho ‘na a tl’o mpholla, a batla ho nketsetsa li-advance; joale mono re ka loana. Empa ha a tsamaea mane a etsa tseno tsa hae, a ikoalletse kapa a ea koana, ha ke na lebaka le eena. But I will not like a man ea ka tlang a tl’o mpholla a re o utloa a nthata. Teng, ache! Mono teng, che, re ka qabana!
Ke ne ke re re fe batho bana ea hore le bona ba na le tšobotsi ea bona. Ke tšobotsi eo re tlamehang hore re e lumelle hore e phele, ‘me e tsoele-pele ka tsela e joalo. Ho e hana kapa ho e ahlola, ke boikaketsi. Ke hore ha u ka re, no, because you are and I’m not kapa I am straight and you are weird – therefore anyone who appears in front of me a le weird I will hate him, I will not accept him – ke ho bontša ho ea morao.
Empa ke ne ke re ‘na ke ne ke ema feela hobane ke utloile Morena a etsa articulate taba ena ka makhethe a tšabehang, especially because we are leaders. Re lebelletsoe hore re se ke ra khetha.
Morena Moshoeshoe I ha a ba thola ba se ba jele Ntat’ae-Moholo, other people thought he was crazy ha a re, ‘ha re ba lumelleng ba je le rona. Re ba bontše hore re ka ja liphoofolo e seng batho ba bang,’ a lot of his people were angry, ba re ke hore Moshoeshoe re se re tšoere batho baa, ba jele Ntatae-Moholo le ba bang ba bo-rona, o re re tšoarele batho baa!’ Thatis a good example.
So, le rona, hore na motho o tla ka tsela efeng, le bano ba ka reng bona ba rata ho khetholla, re lokela ho ba qekisa joalo ka bona bano. Can you reform a person who is a gay or ho mo khutlisetsa moo uena u batlang na? Ha u batle ho etsa accept, ha u batle ho ba le tolerance ea hore there are other people ba fapaneng from you, and we call them weird! Che, hoo ho sitisa hore re be baeta-pele ba ka lumelang, hobane ke ntse ke re le lipolotiking ke hona batho ba lipolotiki ba ntseng ba tl’o etsoa challenge.
Ke ho re le hona joale tjena ke taba e kholo kahare ho lipolotiki tseo eleng tsa naha eno ea America. In England e fetile taba eo. Ka hona ke re kannete, Morena, kea u leboha le Marena a ka a buileng in support of this, le ba hananang le eona. We need to accept hore le rona re lumele hore le bona conscience ea bona…
MR. VICE-PRESIDENT: Potso ka Morena oa Mokhotlong.
HON. SENATOR K. L. K. THEKO: O batla ho botsa? Ha ke mo fe.
MR. VICE-PRESEDENT: Ha se Morena oa Mokhotlong, ke Morena oa Rothe.
Tsoela-pele kaha Ntate o na batla ho beha le eena.
HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Ae, Ntate, kannete kea emisa, feela ke ne ke re, ha re sheba litaba, re li shebe ka tsela e balanced, eo re reng hafeela batho ba sa re utloise bohloko, ba sa kena-kenane le rona, maphelo a rona, ha re se ke ra ba loants’ang, ha re se ke ra ba thibelang ho phela maphelo a joalo.
Kea leboha, Mohlomphehi.
MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa ka oa Rothe.
HON. SENATOR N.A. BERENG: Kea leboha, Ntate oa ka Vice-President, ke le lebohe Marena le lona ba thontsoeng. Ke batla ho tla otlolla hanyenyane…(LERATA)…Bathonngoa? Oo Bahlomphehi! HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Point of Order, Ntate Chair.
MR. VICE-PRESIDENT: Le se ke la hulela Morena oa ka koana, joale a qetelle a ntse a le araba.
HON. SENATOR S, MOTSAMAI: E-e, kannete, Setho se Khabane ha se hule mantsoe! Ha ho na bathonngoa ka mona.
HON. SENATOR N.A. BERENG: Ke kopa ho a hula, Litho tse Khabane…(LITLATSE)… Ke kopa ho otlolla ena ea Bokreste haholo. Hore Bokreste is individual. Ho tloha Lentsoeng la Molimo ho Mathew 24, e buile ka hore mafu a tla ba teng, ‘me e ne e lemosa motho ea reng ke Mokreste hore mafu a tla ba teng, a be aware. Ke leka hore le bona bana batho, bo-‘m’e le bo-ntate le ba teng, ke ‘mopo oa liatla tsa Molimo, feela Molimo o ne a re re tsebe hore nako eo ha e etsahala, re tsebe hore Morena Jesu o haufi le ho tla. Hape Lentsoeng la Molimo, Molimo o re re etse batho ba bang hantle.
Joale ke ne ke cho ke re ha re se ke ra hanelang batho ka litokelo tsa bona. Ha re fe motho e mong le e mong tokelo ea hae, hobane Lesotho mona Basotho ha se foreigners. Lesotho mona Mosotho e mong le e mong o na le kabelo ea hore a je lefa la Lesotho.
Kea leboha.
Question put and agreed to.
RESOLVED:
That this Honourable Senate resolves to suspend Standing Order No.86(5) which reads as thus, “A Committee Report may not be debated in the Senate unless it has been circulated to all Senators at least two days prior to the intended debate in the Senate.” This is done in respect of the following Report:
- A Report on Gender Mainstreaming Workshop for Parliamentarians held on 17th – 21st June at Blue Mountain Inn.
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Litho tse Khabane. Tlaleho ea Komiti ea Bophelo, Phepo e ntle le Teka-Tekano e holim’a Gender Mainstreaming Workshop for Parliamentarians, e ananetsoe ke Ntlo, ‘me rea leboha, Litho tse Khabane.
Ke kopa hore ke le hopotse, Litho tse Khabane, hore ke ne ke ile ka fetisa litsebiso tse peli koano, pele re qala. E ne e le tsebiso ea IEC, ea hore ha re ne re loketse ebe re tla ba le bona kajeno ha Ntlo e phomola tjena, ka mabaka ao ba sitoang ho a qoba, ba se ba tla ba teng ka Labobeli ha Ntlo e phomola, ‘me ke tl’o bua le Tafole mona hore ba bue le IEC hore ba etse Polelo e mona ea Sesotho eo ho thoeng li jeoa ka baeti. Ka tsela ea hore e se ke be ea eba Litho tse Khabane feela tse tla fumana bosebeletsi bono, ba ho kena kahar’a sesiu seno se ahuoang bocha sa IEC, sa bakhethi, empa le bohle Litho tse mane ka har’a Gallery, kapa bohle ba sebetsang koano Senateng, le bona ba tle ba fuoe monyetla ono oa hore ba be ba se ba ngolisoa le bona. Ekaba hantle haholo ha e ka ba joalo, Ntate Manamolela.
Tsebiso ea bobeli eo ke neng ke re ke le hopotse eona feela, Litho tse Khabane, ke ea hore Komiti eane ea Government Assurances e tla kopana, ho tla shebisana litaba tsa eona, hang ha Ntlo e phomola.
Re lebohile haholo, Litho tse Khabane, ka boteng ba lona. Ntlo e tla phomola ho fihlela ka Labobeli beke e tlang ka 10:30 hoseng.
ADJOURNMENT
Thereupon, Mr. Vice-President adjourned the House without question put. Pursuant to Standing Orders.
The House accordingly adjourned at 12:40 hrs.