OFFICIAL REPORT OF THE SENATE OF LESOTHO
6th Meeting – First Session
Eleventh Parliament
Date: Tuesday 27th August, 2024.
LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG
1.Hon. Seeiso B. Seeiso | Principal Chief of Matsieng |
2. Hon. Joel A. Motšoene | Principal Chief of Leribe |
3.Hon. Sempe Gabasheane Masupha | Principal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan |
4.Hon. Mamolapo M. Q Majara | Principal Chief of Ha Majara |
5.Hon. Tumane Matela | Principal Chief of Makhoakhoeng |
6.Hon. Moeketsi Moletsane II | Principal Chief of Taung |
7.Hon. Lerotholi Mathealira Seeiso | Principal Chief of Mokhotlong |
8. Hon. Lerotholi L. Seeiso | Principal Chief of Likhoele |
9. VACANT | Principal Chief of Phamong |
10.Hon. Mojela T. Makhaola | Principal Chief of Qacha’s Nek |
11.Hon. Seeiso S. H. Nkuebe | Principal Chief of Quthing |
12.Hon. Nthupi A. Bereng | Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote |
13.Hon. K.L.K Khoabane | Principal Chief of Thaba-Bosiu |
14.Hon. Mitchel S. Maama | Principal Chief of Ha Maama |
15.Hon Moholobela M. Moholobela | Principal Chief of Matelile |
16.Hon. Bereng G. Seeiso Api | Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake |
17. Peete Lesaoana Peete | Principal Chief of Koeneng le Mapoteng |
18.Hon. ’Mako T.Mohale | Principal Chief of Tajane, Ha Moetsana le Ha Mohale |
19. Hon. Khoabane T. Mojela | Principal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso |
20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli | Principal Chief of Botha-Bothe |
21.Hon. Pontšo S. Mathealira | Principal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere |
22.Hon. Qeto Sekonyela | Principal Chief of Malingoaneng |
23.Hon.’Mawinnie Kanetsi | Senator |
24. Hon. Lebona Khoaele | Senator |
25. Hon. Thabiso Lebese | Senator |
26. Hon. ‘Maphakiso Lebona | Senator |
27. Hon. ’Mabataung Patricia Mokhathali | Senator |
28. Hon.Sehlooho HenryMonatsi | Senator |
29. Hon. ‘Makholu Moshoeshoe | Senator |
30. Hon. Neo Matjato Moteane | Senator |
31. Hon. Seabata Motsamai | Senator |
32. Hon.Richard Ramoeletsi | Senator |
33. Hon. Limpho Tau | Senator |
PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO
SENATE CHAMBER
Tuesday 27th August, 2024
(MR. VICE-PRESIDENT in the Chair)
The House assembled at 10:30 a.m.
PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer
ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR
MR. VICE-PRESIDENT: Litho tse Khabane, ke kopa ho le lumelisa le ho le amohela ha re qala beke ea mosebetsi ona oa rona oa Ntlo e Khabane ea Senate. Kea ts’epa hore le bile le mafelo a beke a matle haholo, Litho tse Khabane.
Ke na le litsebiso tse ts’eletseng tseo ke kopang hore ke li fetisetse ho lona, Litho tse Khabane:
- Tsebiso ea pele, Litho tse Khabane, ke ea hore re na le Notice Paper ea Tlhahiso e tl’o tla e etsoa ke Mohlomphehi ‘Mawinnie Kanetsi eo ke kopang hore Tafole e tle e le fe eona e le hore le tle le tsebe ho ithuta eona, Litho tse Khabane.
- Tsebiso ea bobeli, ke ea hore re na le Lipotso tse eang Makaleng a fapaneng a ‘Muso ho Bahlomphehi Matona a Khabane. Ke kopa hore le tsona Lipotso tseno li tle li fetele ho lona joaloka Lipotso tsa lona le tle le li shebe, le bone hore li boemong bo nepahetseng joale li tle li tsebe hore li ee moo li lokelang ho ea hona teng.
- Tsebiso ea boraro, ke ea hore le tla hopola Litho tse Khabane, hore bekeng e fetileng re ile ra etsa tsebiso ka mona ea hore re na le memo eo re e fumaneng ea Moemeli oa rona Senateng koano mane SADC-PF e leng Morena Thato Mohale. O menngoe le Balula-Setulo ba Legislation Committee ‘moho le Molula-Setulo oa Health, Nutrition and Gender Committee ho ea phuthehong e tla ts’oaroa ke SADC-PF Lesotho ka lefapha la SRHR le HIV/AIDS ka Laboraro la la 28 le Labone la la 29 Phato, 2024. Phutheho ena e tla ts’oareloa mane Ntlong ea Bakhethoa ka Committee Room 6 mokatong oa bobeli, ho tloha ka hora ea borobong hoseng.
- Tsebiso ea bone ke hore le tla hopola hape hape, Litho tse Khabane, hore re ile ra le tsebisa hore ha e le kajeno ha Ntlo e phomola re tla ba le baeti ba tsoang Komising e Ikemetseng ea Likhetho ba tl’o tla ba le thusa ho le kenya kahare ho sesiu se ahuoang bocha sa bakhethi ba naha ea Lesotho, hobane sane sa khale se qhaluoe joale ho qaloa se secha.
Ts’ebetso eno e tl’o tla e tsoela-pele kajeno ho latela ka moo ho hlophisitsoeng kateng. Kea ts’epa hore joalokaha re ile ra le eletsa le ho kopa, le tlile le litokomane tsa lona tsa boitsebiso e leng li-ID, hore IEC e tsebe ho nolofalloa ho etsa mosebetsi ono o joalo.
- Tsebiso ea bohlano, Litho tse Khabane, ke e reng, e le ketekelo ea lilemo tse makholo a mabeli Morena Moshoeshoe oa Pele a ne a thehe sechaba sa Basotho, Basotho Culture and Food Taste Festival e memela Litho tse Khabane tsa Ntlo ea Senate moketjaneng o tla ts’oareloa Boqate Leisure Park, Ha Fako Maseru ka Labohlano la la 30 le ka Moqebelo oa la 31 Phato 2024, moo teng har’a tse ling ho tlang ho ts’ohloa tse latelang;
- The impact of cultural tourism on Lesotho’s economy
- Sustainability and food production in the face of climate change and,
- Origins and history of the Basotho as a nation, implications for modern governance.
Tsebiso ena e qetella ka hore, hore Litho tse Khabane e tle e-be karolo ea moketjana ona, li lebelletsoe ho lefa Maloti a lekholo le mashome a mahlano (M150) ka letsatsi, empa ha e le mafelo a beke ke makholo a mabeli le mashome a mahlano (M250).
Bana bona (leha ho se na bana mona Ntlong ena e Khabane empa kea kholoa Litho tse Khabane li ka ‘na tsa etsa qeto ea hore li ee le bana ba tsona mono) ba lefa Maloti a mashome a robeli feela (M80).
- Tsebiso ea bots’elela, Litho tse Khabane, (ea ho qetela) ke eo re le tsebisang hore re na le lengolo koano le tsoang ho bane ba Morero oa Metsi a Lihlaba, le memelang Litho tse Khabane tsa Ntlo leetong la boithuto le tla qala ka la 10 ho isa la 13 Loetse, 2024.
Leeto lena la boithuto, boithuto ba teng bo tla etsoa matamong a Katse, Polihali le ‘Muela. Leeto le tla simolla ka thuto e tla ts’oareloa Lancer’s Inn Hotel hoseng ka Labobeli la la 10 Loetse 2024, ha hora ea bosupa e fetile ka metsotso e mashome a mararo hoseng, ka bohlanka ba morero.
Qetellong ea thuto ena ho entsoe litlhophiso tsa hore moifo oohle o tle o tlohe hore o ee leetong leno la matsatsi ano ao re tla beng re il’o tataisoa ke botsamaisi ba Morero oa Metsi a Lihlaba.
Ke tla kopa hore Tafole e tle e fetise programme ea matsatsi ana a mararo e le hore Litho tse Khabane li tle li be le itinerary eno, li tsebe ho bona hore na litaba tsa leeto leno la boithuto la matsatsi a mararo le tla ema joang.
Litho tse Khabane, ke hlalosetsoa ke Tafole ea haeso hore IEC e se e le teng. Ho hlophisitsoe hore e tle e sebeletse ka Library. Library e ha u kena monyakong ono o moholo, ka letsohong le letona.
Kaha re tla ‘ne re tsoele-pele ka mosebetsi, re ne re kopa hore Litho tse Khabane li tle ‘ne li tsoe ka bomong; ha e mong a khutla e mong a tla tsamaee hofihlela le felletse.
Ke kopa hore ke tsebise hore le lona Gallery mono re ne re ile ra kopa hore le lona le tle le thusoe, hobane re ile ra re li jooa ka baeti, joale hee le lona le tle le be se le kenella hee haeba le ts’oere litokomane tsa lona tsa boitsebiso.
Re kopa hore ha re ntse re tsoela-pele ka mosebetsi, Litho li tle ‘ne li itlalehe ka mane ba seng ba ts’oere litokomane tsa bona tsa boitsebiso, e leng li-ID.
Kea leboha, Litho tse Khabane, litsebiso tsa kajeno li fella mona.
Ke ile ka hlalosa Litho tse Khabane hore re na le tsebiso ea Tlhahiso e potlakileng koano ka Molula-Setulo oa komiti ea Government Assurance e leng Dr. Lebese.
Ke kopa u re tataise, Mohlomphehi.
[Laughter]
Okay, helang, banna ee! Ke bona e ka ke se ke tatile.
Question, that Standing Order No 86 (5) be suspended, put and agreed to.
Le hopole, Litho tse Khabane, hore le ‘ne le tsoe le hlahe ka mane ka IEC e le hore re se ke ra ba emisa ba sa etse letho.
URGENT MOTION
MOTION 29 SUSPENSION OF STANDING ORDER NO. 86 (5)
HON. SENATOR DR. T. LEBESE: Kea leboha Ntate Vice-President. Ke ne ke nahanne hore mohlomong u n’u tla mpha monyetla oa ho ema ka eona section eno pele ba arabela, Ntate, empa hee re se re e fetile ha ho sa na taba.
Ke u lumelisa, Ntate Vice-President, Tafole ea hau le lona Litho tse Khabane.
(Pause)
Kea leboha, hle, Ntate Vice-President.Ke ne ke utloa eka u se u e tlotse ena ea Pampiri e Tala, empa kea lemosoa hore ha u e-s’o e tlole.
Ke ema mona, Ntate Vice-President le lona Litho tse Khabane, ho sisinya:
“Hore Ntlo ena e Khabane ea Senatte e etsa qeto ea ho fanyeha Molaoana oa Tsamaiso oa 86 (5) o reng “Tlaleho ea Komiti e ke ke ea buisanoa ka Senateng ntle leha e-ba e abetsoe Litho tsohle tsa Senate bonyane matsatsi a mabeli pele ho letsatsi le hopoletsoeng puisano ka Senateng.” Sena se etsoa Tlalehong e latelang ea Komiti:
- Report of the Committee on Government Assurances on the meeting with the Ministry of Public Works and Transport and the Roads Directorate.”
Mabaka a maholo a ho etsa joalo, kea kholoa, Ntate, ke a hore ka ‘nete re na le litlaleho tse ‘maloanyana haholo, ‘me ho bonahala hore tiehiso e ka bang teng e ka re liehisa haholo hore re tle re fihlele methati e meng le likomiti tse ling.
Ke kopa hore Ntlo ena e Khabane e ananele hore re tle re mpe re teke Tlaleho ena re tataisoa ke sona Standing Order sena sa mashome a robeli a metso e ts’eletseng, hlano ka masakaneng.
HON. SENATOR M.M. MOSHOESHOE (SECONDER): Ntate Vice-President, ke ema mona ke le Setho sa Komiti ena, ‘me ke tlatsa Molula-Setulo oa ka hore leha e le mona ka Molao re ne re tlameha hore ebe Tlaleho ena ea Komiti e fuoe Litho matsatsi a mabeli hore li il’o e bala pele, ka ‘nete re se re le under pressure hona hoo; mosebetsi o mongata tafoleng, joale re re re mpe re kenye Tlaleho ena kajeno.
Kea mo tlatsa.
Question put and agreed to.
Next item Mr. Clerk.
2. Adoption of the Report of Assurance Committee on the Meeting with Public Works
HON. SENATOR DR. T. LEBESE: Kea leboha, Ntate Vice-President, ke ne ke se ke ile ka u lumelisa, Ntate, Tafole ea hau le Litho tse Khabane.
Ke ema mona, Ntate Vice-President, ho kopela Report ena ea rona ea pele ea Governance Assurances, e le Tlaleho ea pele lethathamong la ts’ebetso eo re kopang hore re e tekele Ntlo letsatsing lena, horeNtlo e tle e e amohele.
Ntate Vice-President, re ile ra ba le morero mona oa ho bitsa Makala re le komiti ea Governance Assurances, ‘me litaba tsena hantle li ile tsa qala moo re neng re ile ra ba le potso, kea kholoa ke selemong se fetileng ka khoeli ea leshome le motso o mong, ea Morena Mitchel Maama eo ka kotloloho a neng a botsa ka tsela e neng e tloha Masianokeng ho ea St. Michael’s, karolo ea bobeli ea eona e tloha St. Michael’s ho ea Semonkong.
Eaba litaba tsena ha re sa fumane tlaleho e kholisang ho tsoa ho Lekala, Komiti ea haeso e se e nka taba ena ‘me e ikeletsa hore e tle e bitse Lekala le joalo ho tla thathamisa mabaka le ho behela kapele ho komiti hore na ekaba litaba tsena li ts’oeroe joang le litaba tse ling tse akaretsang tsa hae Lekaleng moo.
Komiti e ile ea lula khoeling ea bots’elela – kea kholoa e ne e le la hlano la eona, ‘me ha u sheba tokomane ena ea rona ea report e hauoe ka Litho tsa Komiti, ‘me re na le tse ileng tsa ba teng, mohlomong le tse ileng tsa ba sieo ka mabaka le mongoli oa rona ea neng a ntse a re nkela metsotso.
Lekala lona le ne le ile la emeloa ke eena Letona le Khabane; ke hopola hantle hore PS e ile ea ba teng, Director ea Directorate le Ntate Ntoane ka tsela e ts’oanang.
Ke mpe ke tlalehele Ntlo e Khabane hore, ho ea ka moralo oa rona oa ts’ebetso, re na le Makala a mararo ao re seng re ile ra bona kapa komiti ea kopanya taba le bona e leng Ministry of Public Works and Transport, e leng report eo re tlang ho e beha ka pele ho Ntlo letsatsing la kajeno.Re boetse ra ba le Letona la Information, Communications, Science, Technology and Innovation, ‘me re boetse ra ba le Lekala la Temo, Kanetso ea Lijo le Phepo e nepahetseng. Litlaleho tsa teng li tla kena ka tsela e ts’oanang.
Re mpe re supe hore, ka mor’a hore re bitse Lekala lena re lule fats’e le lona, kea kholoa ke selelekela se neng se lelekela litaba tsena hore litaba tsa rona li ile tsa qala moo re neng re bona hore ho na le ho hulanya maoto ntlheng ea tsamaiso kapa bophethahatsi haholo ha re ne re shebile the budget circle ea 2023/2024.
Ke se ke teile mohlala ka tsela e hakanyetsoang ho 11.8 km e neng e tloha Masianokeng e ea Roma, ‘me tlaleho e neng e ile ea ba teng e ne e le hore tsela e ne e kenelletse holim’a Likhakanyo tsa Lichelete tsa 2023/2024, empa hoa bonahala eka ha ea ka ea sebetsoa ho fihlela selemo seo se ba se ea pheletsong ea sona.
Taba ena ea tlisa potso eo ke buileng ka eona ea number 28 moo re ileng ra beha litaba tsena ka pele ho Lekala. Ke mpe ke supe, Ntate Vice-President le lona Litho tse Khabane, hore Lekala ha le beha taba ena, ‘me ba se ba akarelletsa litaba tsena le litaba tse ling tsa meralo ea bona ea Lekala selemong se ts’oanang, ba ile ba hlalosa hore ba na le bothata ka hare ho Lekala, bothata bo boholo ke hore ho ne ho shebahala ho na le under spending ea 77% kapa ea 23%, ‘me ba bonahala ba sebelisitse feela 77% ea budget ea bona ntlheng ea tsosoloso le ho etsa litsela tse ncha.
Ho bonahala ho na le lesisitheho le leng hape le bonahalang le le teng tsosolosong ea mosebetsi o tlamehang ho etsahala ho Moshoeshoe I international airport. Litaba tsena ha Letona le Khabane le li rapalatsa o ile a supa hore ba bonahala ba na le bothata ba tsamaiso ea lichelete kapa tsela eo ba lefang mekonteraka ka eona, ‘me taba ena ea tiehiso ea tefo kapa lipatala tsa mekonteraka e bonahala e liehisa ts’ebetso ea bona, mohlomong ho feta hanyane, ka likhoeli tse ts’eletseng kapa ho feta.
E le Lekala ba ntse ba etsa maoala a ho bona hore na ba etsa fast track kapa ba nts’etsa pele hore litaba tsena li etsahala ka pele ka tsela ea mofuta ofe. A boela a supa hape hore e le Lekala ba rerile hore ba tsose the yellow-plant kapa se ileng sa tsebahala ka yellow-plant, e ileng ea ba teng lilemong tsa bo 2009/2010, e le mechini e lokisang litsela tse kenellang metseng, ‘me e bonahala e se e sa sebetse mechini eo ka lebaka la hore ba neng ba sebetsana le eona ho bonahala e robehile, e meng e retliloe li parts, joalo joalo.
Lets’olo leo la bona ba ile ba le bitsa titima, ‘me re tlalehetsoe hore le ntse le sebetsa Machache, ha le qeta ho hokahanya lebatooa la Machache le Ts’oana-makhulo, le tla mathela lebatooeng la Matelile; kea kholoa ho nka tsela e tlohang moo Matelile ho likela Ribaneng ka tsela eo tlaleho e supileng kateng.
Leha ho le joalo Mohlomphehi Letona o ile a supa hore chelete eo ba abetsoeng selemong sena sa lichelete sa 2023/2024 e hakanyetsoang ho M1.6 billion, ho ne ho bonahala ho ntse ho na le ts’allo morao ea chelete eno, ‘me ho ile hoa ba le some re-allocations tse ileng tsa etsoa, ka ho khetholoha o ile a supa li tsela tse latelang, mohlomong e le tse kholo, Ntate Vice-Presient:
Taung, Matebeng, o mong ke Lihlokong e leng tse ling tsa litsela tseo ba ntseng ba li sebetsa. Empa leha ho le joalo o ile a supa hore litsela tsena li qalile khale, empa taba e kholo e ileng ea ba teng ho ile hoa ba le tiehiso ho tloha lilemong tsa 2021 nakong ea Covid-19 le 2022.
Ho ile hoa ba le ho hong ho bitsoang budget roll over e ileng ea fetela 2022/2023 ‘me ea boela ea fetela 2023/2024, ‘me taba ena e baka tiehiso ea hore the current years expenditure e sebelisoe selemong seno kaha ba ne ba imetsoe haholo ke mekoloto ea lilemo tse fetileng.
Re ile ra boela ra shebana le tsela ea Taung le Matebeng, ‘me ka tsela e ts’oaneng ho bonahetse e ntse e le morao haholo ka taba ea tokiso ka mabaka a ts’oanang a lipatala.
E ileng ea qala kea kholoa e ile ea ba taba ea hore ho bonahala feela re na le khaello e kholo ea marokho kapa litsela tse bonahalang lioa haholo matsatsing a na, ‘me tlhaloso e ileng ea e ba teng ke hore marokho a rona boholo ba ‘ona a entsoe lilemong tsa khale haholo, ‘me marokho ana a ne a fuoe life span ea 50 years or less e seng ho feta mono, empa re se re na le marokho ka hare ho naha a seng a feta lilemo tse lekholo ho isa makholong a mabeli a ne a be teng; ‘me kannete a bonahala a se a khathetse haholo.Taba ena e bonahetse e baka bothata bo ts’abehang, hobane joale ho hahoa haholo ha lipula li ile tsa ba teng ka sekhahla.
Re boetse re bile le qholotso e ts’oanang, Mohlomphehi, ka tsela ea Mpiti- sehlaba thebe- eo ho bonahetseng ho na le roll over e ngata ea ho fetisa chelete ho isa selemong se hlahlamang sa lichelete, empa Litho tse Khabane li tla hopola hore ke maoba mona ha tsela e joalo e ne e khakoloa se-‘muso ke the Right Honourable Prime Minister of Lesotho a nehelena ka eona ho sechaba, e leng hore mokonteraka o phethetse tsela ena.
Nakong eo re neng re lutse re seka seka litaba tsena ho ne ho bonahala ho ntse ho ena le taba eo e leng concern ea rona re le komiti, ea hore ho bonahala lichelete tse abetsoeng lekala ke Paramente ea Lesotho li sa sebetsoe selemong seno, ho na le roll over e ngata e etsahalang, leha ho le joalo, e kholo eo ke tlamehang ho e ts’oaela litabeng tsena ke hore Letona le ne le ile la supa hore ha ba se ba bonahala ba le morao litabeng tsa bona ka khaello ea lichelete ba ile ba atamela Lekala la Finance hore le ke le tlatsetse, ‘me taba ena ea litlatseletso tsa lichelete tseo ba ileng ba li fumana li ile tsa ba bakela bolutu haholo, hobane chelete e joalo e ile ea fihla khoeling ea boraro, ‘me rea tseba ke selemo kapa ke khoeli eo selemo sa lichelete sa ‘muso se koaloang, ‘me ba sitoa ho sebelisa chelete eo leha ba ne ba e abetsoe hakaalo e ne ele chelete e ka bang M123 000 000.
Selemong sena o ile a tiisa Letona le Khabane hore ho na le litsela tsa lehlohlojane tse ntseng li etsoa mabatooeng ho fapana, mohlomong re siea morao ena ea Taung le Matebeng, hona le Tsoloane, Khits’ane le Telukhunoana le Koro-Koro, joale ho boetse ho na le borokho bona bo ntseng bo le under construction le bona ka tsela e ts’oanang.
Re ile ra boela hape ra khutlela litabeng tsa hae moo a neng a qetela taba joale e neng e le kholo, e neng e ile ea qala litaba tsena, ea tsela ea Masianokeng le St Michael’s road. O ile a hlalosa tiehiso e ileng eaba teng litabeng tsa kabo ea mesebetsi e neng e lokela ho etsoa, empa a ts’episa hore khoeling eo ea bots’elela lerole le tla qoba, ‘me kea kholoa re li paki kaofela hore khoeling eo mafelong ho ile hoa qala ts’ebetso e joalo tseleng eo e le mokhahlelo oa pele.
E kholo e ne e le hore na mokhahlelo oa bobeli o tlohang St Michael ho ea Semonkong oona o hakae. Karabo e ile eaba hore ka nako eo ea khoeli ea bots’elela ba ne ba le mokhahlelong oo ba seng ba itukisetsa ho abela mokonteraka ho tloha St michael’s ho lokisa tsela e nyolohelang ka Semonkong.Kea ts’epa, haeba re se re le khoeling ea borobeli re shebile ea borobong, e ka ‘na eaba o tla qala tsela eo haufinyane, haeba ha a s’o qale.
Re ile ra ba le taba mona eo ka hare ho report ena ea rona re lakatsang ho e tlalehela Ntlo ha ke qetella litaba tsa ka , e neng e shebane le taba ea infrastructure le khokahano metseng mona eo lekala le etsang kaho ea marokho, haholo marokho a maoto, ‘me Letona le Khabane le ile la supa libaka tse ‘maloa, leha ke sena ho li bala kaofela, empa o ile a re tiisetsa hore ke marokho a leshome le metso e meraro a bonahalang a tla phetheloa selemong sena sa lichelete., Leha ho le joalo, hona le borokho bo le bong bo bonahetseng hona le tiehiso ka lebaka la ho se fihlelehe habobebe sebakeng se joalo le lipula tse neng li ena ka nako eo, ‘me tsa sitisa hore litaba tseo li etsahale.
Ra boela ra tlaleheloa ka e ‘ngoe e ileng ea eba tokiso ea litsela nako le nako, mohlomong re fana ka tsela e tlohang Semonkong e eang ha Mosi, e leng A5 eo ho ileng hoa bonahala ka khaello ea lichelete kapa TCP, bohlanka bo ne ntse bo le moo bo lokisa litselana tseo ka ho kibolla marokho ana ba bonahala ba le sieo ka lebaka la khaello ea lichelete.
Letona la re tiisetsa hore ba ntse ba etsa maoala ‘ohle ho bona hore mosebetsi ona oa maintenance oa etsoa mohlomong ka merero e meng ea ‘Muso.
Re ile ra qetella litaba tsa rona moo re neng re tlaleheloa ka tokiso e teng ea li-pavement, haholo litseleng tsa rona tse kahar’a literopo, in particular teropo ea rona ea Maseru, ‘me ra tiisetsoa hore ho na le budget eo ba e fuoeng ho lokisa kapa ho thusa MCC ho lokisa litsela tseo tsa maoto lipakeng tsa mebila joale kaha ho tloaelehile hore ke pavements, ‘me mosebetsi oo o nts’o etsahala.
Taba e ileng ea hlahella ka mona ho Litho tsa Komiti, ho moifo oa Lekala, e ne e ile eaba taba e bonahalang e etsahala matsatsing ana ka ho re, ho bitsoang Road Reserve – moo ho bonahalang Basotho ka boikhethelo ba bona ba beha mec’huc’hu le matlo a bona, kahare ho tsela kapa moo tsela e ka namelang teng – taba e na e baka bolutu bo boholo haholo.Ba nka nako e telele haholo ho leka hore ba hleke litaba tseo.; Mohlala, e tlaba taba ea circle e kholo ea Maseru, ha ho ne ho etsoa tokiso ho eafihla sebakeng sa station;.
Ho boetse ho na le taba e ‘ngoe libakeng tsa Ha Abia le Ha Machaba-chaba, moo ho bonahalang ho na le reinforcement e ngata haholo ea mehaho e setisang phallo ea sephethe-phethe kapa ntlafatso e ka etsoang ka tseleng.
Ha Komiti e se e qetela litaba tsa eona, re ile ra shebisana ho neng re re ke ts’oenyeho ea rona re le komiti malebana le litaba tseo ba li behang.Ho tlile tlhokomelong ea rona hore the roads standards tseo re li sebelisang li bonahala li tsofetse haholo e le tsa 1954, ‘me taba ena e etsa hore litsela tsa rona e e se ke eaba tsa boleng, ka hona ho bohlokoa hore ho etsoe bench mark le taba ea Roads Directorate ea South Africa e le ho bona hore ba fuoang mosebetsi ba ipapisa le meoloane e beuoeng malebana le mesebetsi eo ea bona re ipapisitse le linaha tsa bohaelani.
Ho boetse hape hoa bonahala hore budget ea lekala, ho tloha ka selemo sa 2022/2023, ho ne ho bonahala project ea Mpiti Sehlaba-thebe e fella teng, ‘me taba ena e ntse e etsahala hore ho ba le budget reallocation e tl’o qetela tsela eo e sitisa Lekala hore le tsoelepele ka litsela tse ling tseo le li ralileng.
Ba bonts’a hore taba eo e fihletse pheletso kaha joale Mpiti Sehlaba-thebe road e bonahala e tla fela, ‘me ba tla etsa maoala ‘ohle ho bona hore funding ea bona ba e sebetsa ka tsela e tla akareletsa hore batho ba lefuoe ka nako e le hore ba tsebe ho qetela.
Hape ho bonahetse ho na le bothata bo boholo, kea kholoa, ha re shebisana litaba le bona e ile ea ba tiehiso ea ho patala mekonteraka ho hlaha Lekaleng kapa ‘Musong o moholo ho ea ho mekonteraka.
Taba eo ka kotloloho e ne e ama tsela kapa marokho ao rea tsebang ka kotloloho, borokho ba Matukeng bo nkileng nako e telele haholo, beyond the planned time, e neng e le teng mono, ke bona boo ke tlang ho etsa mohlala ka bona kaha Litho tsa Komiti li ile tsa bonts’a ho ts’oenyeha haholo ke tokiso ea borokho boo. Lekala le ile la supa hore ho bonahala mekonteraka e mengata mohlomong e oelang mokhahlelong oa C/B kannete ba sena mapheeo a lekaneng hore ba ka tsoelapele ka ts’ebetso haeba Lekala le liehile ho ba lefa, ‘me mohlala e ile ea ba mokonteraka eo oa Matukeng hore o liehetsoe ho pataloa, eabakhoeling ea leshome le motso o mong joale o nts’a matsoho ka hare ho tsela eo tokisong ea borokho boo, o emela hore ho thoase selemo se secha sa lichelete ka khoeli ea bone 2024 hore a tle a tsoelepele, ‘me taba ena e bakile tiiehiso e ts’abeng!
Ha se tseleng eo feela ea Matukeng kapa borokho boo, e ne e le mohlala feela; le litseleng tse ling hape ho bonahala mekonteraka ea lona e kahare ho naha, eo e leng bana ba Basotho ba ena le bothata bo ts’abehang ho lefa basebetsi kapa lits’ebeletso ha ba ntse ba sebetsa le Lekala e ba le liehile.
Litho li ile tsa phahama haholo ka pel’a Letona le Khabane, ka ena ea enforcement e etsahalang ho li road reserve, ‘me ntlo e ile ea ema ka thata hore ho bonahale ho kenngoa ts’ebetsong taba ea li-building permit e le ho thibela taba ea batho ba iphang ka hare ho tsela.
Ha-ke qetela li-concern tse ileng tsa hlaha e ne e ile ea ba taba eo re ileng ra e bitsa road enforcement within the perimeter of the road reserve eo ho bonahalang joale e baka tiehiso e ts’abehang ka hare ho litsela tsa rona tse kholo, ka hare ho literopo moo meaho e bonahalang e kenella ka hare ho libaka tsa ntlafatso tsa mebila.
Taba ena, Litho tse Khabane tsa Komiti li ne li ile tsa supa ka ho se thekesele hore ha feela re ka tiisa taba ea hore building permits li be teng e le eona e requisite e hlokahalang hore motho a etse erect a structure taba e na e tla re thusa haholo le ho thusa lekala hore bosebeletsi bo etsahale ha bobebe.
Tse ling tsa lits’its’inyo tseo re ileng ra li etsa ho lekala e ne ile ea e ba hore re ke re bone hore government paying system e ba efficient ho patala mekonteraka, haholo moo ba sebelitseng teng. E ‘ngoe e kholo eo re ileng ra e shebisana hape ke ho fokotsa the roll over of the budget from one financial year to another, ‘me taba eo ba fihlela hore ho ka sebetsoa le the government paying system eo ba nang le eona hore e ke be efficient to address litaba tse ka hare ho selemo seno sa lichelete.
E ne e ile eaba hore lekala le ke le tsosolose taba ea thupelo ea mekonteraka e shebe na boleng ba litsela le lipehelo na li ntse li ts’oere tsela, hobane ho bonahala mekonteraka e meng ea bona e se e etsa ka tsele eo e utloisisang kateng, ‘me e sa fihlele meoloane ea tiisetso le netefaletso ea hore litsela tsena li ke li nke lilemo tseo li li balletsoeng, pele mohlomong re kena-kenana le tsona ka tsela ea ho li lokisa.
Ea ho qetela ke ena eo ke buileng ka eona ea hore re tiise letsoho haholo ho bona hore ho ba le li building permits tse tla re thusa hore pele ho etsoa establish kapa ho ba le new structures tse bang erected along the perimeters of the main road le li tseleng tsa rona tse kenellang metseng feela, re bone hore taba ena ea etsahala hore lipolomiti li be teng tsa mehaho, ‘me re tle re tsebe ho phekola taba ena ea enforcement e bonahalang e etsahala from the road reserve management programme.
Taba e neng e beuoa mona ke hore ho tloha moleng o hare o mosoeu ke likhato tse leshome le metso e mehlano hoea ka theko ho tsela moo structure se ka lumelloang ka molao, haele ho tloha moleng o ka theko kea kholoa ke likhato tse ts’eletseng.
Re ile ra qetella litaba tsa rona le lekala ka hore tlaleho ena ea bona rea e ananela re le komiti, ‘me re tla e beha ka pele ho ntlo, empa ha re felle mono, ka hona re tla boela re tsoelapele ka khoeli ea Pulungoana ho tla lokolisa ts’ebetso le meoloane eo ba ipehetseng eona selemong sena sa lichelete 2024/2025, le ho leka ho bona tsena tseo komiti e ileng ea li sisinya, haholo taba ea lipatala, roll over ea budget le ho se kena-kenane le meralo kapa merero e entsoeng budget, hobane ke tlolo e mpe ea molao ts’ebelisong ea lichelete.
Ke lebelletse hore re tla ba le bona khoeling eo ea November ha nako e re lumella, mohlomphehi.
Ke tlaleho eo ke e kopelang e le ea rona ea Government Assurance Report hore Ntlo e e ananele.
Kea leboha, Ntate.
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ke lebohe, Ntate Vice- President.
Ke ema mona ke tlatsa Molula-Setulo linthong tseo a li behileng, haholo ha ho tluoa tabeng ea hore makala a bonahale a sebetsa ka sekhahla le ka makhethe le boitelo ho latela kamoo ba abetsoeng kateng, ‘me joalokaha Ntate a bolela, ho ile hoa hlaka hore Lekala la Lipalangoang hona le nako eo le neng le sa sebetse ka sekhahla ka mokhoa oo ba fuoeng kateng le lichelete tseo ba neng ba li abetsoe, empa joale ba bonahala ba sebetsa.
Ntho e kholo e fumanehileng mosebetsing ona ke hore Makala ha etsa likopo tsa Lichelete Paramenteng ka nako e ‘ngoe li project tseo ba li kopelang chelete li tsamaea selemo le selemo ha ba etsa seo ba ka reng ena e tl’o nka selemo sa lichelete, ena e tla nka selemo se hlahlamang.
‘Nete ea taba ena re e bone ka tsela ena e tlohang Masianokeng e il’o fihla St Michael. Haeba Ntlo e tla hopola re ne re ile ra e tekela hore selemong sa lichelete se fetileng ho tla b’o qetuoe mosebetsi oo; re ne re bile re fuoe khoeli ea December, haeba ke hopola hantle, hore e tla be e le pale e fetileng, empa ha re fumana budget ea selemo sena ka April, e boetse e ntse hlaile hape tsela eo.
Ho tl’o be le boitukiso ka hare ho makala hore ha ba fa bahlomphehi litaba, ba ba tekele ho latela boemo boo le ho latela kamoo litaba tsena li leng kateng, hobane joale ha u refa eona e le hona u ntseng u tataea, u sa re usa le boithutong, u sa le moo u ntseng u qalella ho etsa procurement ka stages tsohle tsa eona, u re neha eona joalokaha eka u se u qetile, taba eo ha e faneka hore re etse bolisa bo nepahetseng, ba oversight, ‘me re tla lula nako ena kaofela re sa tseba ho latella hore executive e ba accountable ho Ntlo ena.
Ke batla ho feta taba eo.
Leha Letona lena la rona la tsa Litsela le Lipalangoang kakaretso le bonahala le sebetsa ka sekhahla ‘nete ea taba ke hore mosebetsi ona o moholo, hobane marokho a senyehile, litsela li senyehile tse kenang ka metseng ea habo rona, litsela tse kholo tse kopanyang litereke li senyehile – ke mosebetsi o moholo haholo, ‘me e ka ba bohlokoa ba hore ka ha Komiti ena e se e le teng ka mona, e behe leihlo hore mosebetsi ono o behoe leihlo hore na haeba tsela ea ha ‘Mantseli ho ea Masemousu eona ke hona e tla tla e kena mokhahlelong o hlahlamang, ha litaba tseno li tsebahala, ke taba ea bohlokoa haholo.
Ha eane e tlohang ka Ha Rakhelepe e tla ka mona ka Ha Tikoe, ke eona e hole – re tsebe ho tseba hore na ka mekhahlelo eona li behetsoe joang. Ntho eno eo Komiti ena e e fumanang ke hore unless re na le procurement plan, e nka selemo ho isa ho lilemo tse peli. Re tlameha re tsebe hore ha mokhahlelo ona o lemona re tlaba mona.
Ke ntho eo re bonang e sa ntsane e haella haholo Makaleng mona hore re sa ntse re haella haholo hore re tsebe, re tlise moralo ono. Joale moralo ono ha o le teng, Ntlo e tsebe ho o lisa hore likotara tsa teng, le ka disbursement ea chelete from Ministry of Finance hore e tle e tsebe hore e tle ka hare ho Makala.
Ka ho cho joalo, ke re ka ‘nete Ntate Molula-Setulo o se a li behile kaofela, ke re kea tlatsa.
Kea leboha.
MR. VICE PRESIDENT: Kea leboha, Ntate Molula-Setulo le Honourable Senator Motsamai.
Litho tse Khabane, ke kopa le ‘ne le hopole hore le ntse le ea ka mane ka library, IEC e teng ka mono e le khahlamelitse ho bebofatsa mosebetsi.
Question proposed.
HON. SENATOR S. G. MASUPHA: Kea leboha, Vice President. Ke utloile taba ea Tlaleho ea Komiti ena, ‘me ke utloa ekare ha ekanna ea sebetsa ka tsela ena litaba li tla nepahala. Ke mpa ke na le ngongoreho eo mohlomong – ha ke tsebe hore na ebe ke tla thusoa ke Ntlo kapa ke tla thusoa ke eona Komiti ena. Ka kutloisiso ea ka, kea tseba hore ho lisoa hoa Makala ke boikarabello ba Paramente, ho bona hore mosebetsi o joalo oa etsoa. Taba ena ke e bone ka National Assembly ha ba tsamaea ba ea holimo le tlaase, ba sheba hore na ebe ekaba ‘Muso o ntse o sebetsa hantle na.
Taba ea ngongoreho ea ka ke ena. Ke ea hore ha re le Matlo a mabeli re etsa mosebetsi o le mong, na ha ho na ho etsahala hore ha re ntse re le mosebetsing ona oa rona oa ho lisa Makala, ebe re tla qetella re pheta-pheta mosebetsi le Ntlo ela e ka tlaase ea Bakhethoa ba Sechaba? Che, ke ngongoreho ea ka.
Taba ea ka ea bobeli, ke ea hore na ebe litaba tsa mofuta ona le ha li le ntle hakana-kana, re ile ra ba le ho teka ha rona re le Litho ka bomong, ra teka taba ea mesebetsi e meholo ka hare ho Ntlo eona ena – ‘me Letona le ile la ts’episa. Ke etse mohlala, ke buile ka tsela e sebakeng sa Ha ‘Mamathe e ileng ea khaoloa ke lipuso tse fetileng, e le ha e ne ele tsela ea lets’ oana e tlohang Sefikeng e theohela ka mona ka Metolong. Tsela eno ke tsela ea likilomithara tse ka bang tharo, kea kholoa, ha ke etsa likhakanyo. Na ebe taba ena ea ka e ka tseba hore e kene ka hare ho taba ea lipatlisiso malebana le Lekala lona lena leo re buang ka lona ka tsela efe?
Mohlomphehi, tsela ena e kile ea lekoa hore e khiriloe ka koloi ena e bitsoang crater ‘me e ile ea ka e ea tsamaeha, empa ka morao ho mono tsela eno e joalo e boetse e khutletse mane moo e neng e le hona teng; e se e boetse e le tsela e seng e sa tsamaehe.
Kopo ea ka, ke le Setho sa Paramente, e ne e le hore tsela eno e lokela e etsoe ka lets’oana kapa ebe tsela e ntle e lulang e lokisoa nako le nako. Empa ke bona litaba tseno li sa etsahale, Mohlomphehi. Ka hona ke re, ke ngongoreho ea ka ea bobeli.
Kantle ho mono, litaba tsa lona, Bahlomphehi ba ka, li ntse li tsamaea hantle. Li tsamaea hantle hobane hafela re sa soae ‘Muso mohlare, litaba li tla lula li ntse li hulana ka tsela ena eo li hulanang ka eona. Ka hona kea leboha ka mosebetsi ona o etsoang ke Komiti ena ea haeso ea Government Assurance, ‘me e se eka ho kaba le nelehetsano ea matsoho a mabeli ha mosebetsi ona o ntse o etsoa, e le hore re tle re tsebe hore ha ba bang ba hlahile ka ‘nqa ena, ba bang ba hlahe ka ‘nqa eane. Ho be le moralo, ha ho etsoa moralo oa mofuta ona, ebe moralo o kopanetsoe e le ho qoba eona taba eane eo ke e buileng ea pheta-pheto ea mosebetsi kapa ea boeletsi ho Makala.
Ka hona, Mohlomphehi, ke utloa eka ekare litaba tsena kea li aka hore ke litaba tsa bohlokoa haholo. Re le Ntlo ea Senate, re qala ho etsa mosebetsi oa mofuta ona. Kea ipotsa hore na ebe Komiti ena e ne e ntse e le hokae, ha ele mona e hlaha ka puso ena ea rona ea lets’olo. Ka hona Mohlomphehi, ke aka taba ena ke se ke re mosebetsi ona ha o ‘ne o tsoelepele.
Joale feela ke ne ke re ke hlaha Komiti ena ea ka leseling, ho re e bone hore ho na le lintho tse ling tse sa etsahaleng, kahoo na lintho tseno tse sa etsahaleng na ho lokeloa hore ho etsoe eng hore li tsebe hore li hlahe ka hare ho Komiti, ho tsejoe hore ho nkoe likhato tsa litaba tse ileng tsa bua ka hare ho Ntlo ena na?
Kea leboha, Mohlomphehi.
HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Ke ne ke re le ‘na ka ‘nete ke eme ho thoholetsa Komiti ena ea heso ea Bolisa, hobane joaloka ha Ntate a bolela hore na hana e ne e ntse e le hokae ka bosebeletsi ba eona litabeng tsa hore naha kapa eona puso e hlake, ha e etsa mosebetsi, haholo ha ho etsoa budget joale ebe Komiti ena e sheba hantle hore na lipallo le boithaopo ba puso na bo r’eng, ‘ re tla etsa litsela kapa re tla etsa linoka re be re kenye marokho’, ke ho re lintho tsa mofuta o joalo.
Ke Komiti eo ke e bitsang Komiti ea Bolisa. Batho ba Congress ba ne ba na le ntho eo ba neng ba re ke lengolo la bolisa, le neng le sheba eona taba ea bosebeletsi ba eona ha ba sebetsa. Ka hona ke bona eka e ea nepa Komiti eo ea ka nako eo, ea Congress ha ba ne ba bua ka lengolo la bolisa. Ke mona Komiti ena ke e bitsa ea bolisa, hobane ke eona e ka etsang, ea hopotsa Puso hore le ikentse commit hore le tla etsa tjena le tjena, ka hona phethisang, hee!
Ke utloa eka mona ba nkuoe to task, empa ho na le litaba tse ling tse eeng li tlohe li re qhekelle ka lebaka la hore bahlanka ba tsamaisa babusi. Ha bahlanka ba sa rate bophethahatsi kapa ba sa rate taba e itseng ha e etsahala – leha Letona le kaba la itamolla kapa batho ba ka holimo ba ka itamolla ka mokhoa oo ba ka ratang, phethahatso ha ena ho ba teng.
Kea kholoa Molula-Setulo oa Balula-Setulo, e leng eena moteki oa taba ena, Molula- Setulo oa eona Komiti ena, oa tseba hobane ekile eaba Mohlanka e Moholo, khale a etsa sabotage mong’a hae e le PS, mong’a hae e le Letona. Ke hore ke batho ba etsang joalo hangata. Ka hona o tseba the language le ea hore na ho ee ho etsoe joang, ha litaba li le ka mokhoa oona ona.
Le hona ka mona, ho ntse ho na le batho ba bang ha ba lokela ho etsa mosebetsi ba re na, is that thing a good thing? ‘‘Na ke rata ke le mohlanka ha ho etsahala tjena, eseng ka tsela e tjena’. Ka hona ntho ena e bitsoang nelehetsano ea taba e bohlokoa, empa ke ema feela ho supa hore Komiti ena ke e kholo haholo lebakeng la ho lisa ‘Muso hore o phethahatse litaba tsa oona. Re qalile hantle, ebile kea kholoa re fumane likarabo tse ‘ntle, hobane ke bona eka motho ea le ts’oereng Lekala lena la litsela ekare u utloisisa ts’ebetso e le motho oa architect; mohlomong o na le leseli le kutloisiso ea hore na phethahatso malebana le ho fana ka delivery, ke ntho e bohlokoa hakae molemong oa party ea habo kapa ‘Muso oa habo hore ebe oa phethahatsa.
Ka hona, ka ‘nete le ‘na komiti ena ke utloa ke e babatsa le ho rata hore ekare e ka tsoelapele ea tiisa. Ha ke tsebe na re ka e tiisa ka hore e tle e phethahatse, e susumetse phethahatso ka tsela efe. Re ema feela ho le khothatsa, Bahlomphehi ba ka, ka bosebeletsi bona, hobane ke boholohali bo ka tsebang hore naha ena e tsoelepele.
Ka ‘nete ha ke bue hampe ha ke re bahlanka ha ba rata ho liehisa bophethahatsi, ba ea tseba hore na ba etsa joang. Ka hona, ke ntho eo Komiti ena e ka tsebang ho susumetsa hore Letona lona le shebe team ea lona.
E ‘ngoe ea lintho tsa makhabane a babusi kapa botsamaisi, ke ha u nka team ea hau, u re, “we” eseng “ke.” Ke ntho tse hlolang batho ba ratang perere tseno, tsa hore ha u le letona kapa u le moetapele ebe u re: “‘na” athe ha u ka re: “re” team ea hau e ea akofa, e ikutloa e le karalo ea bophethahatsi.
Ka hona ekare matona a rona liofising tsa bona le Makaleng a bona ba ka sebelisa lentsoe ‘re’ hore batho ba mo setseng morao, ba nang le eena mosebetsing, ba tl’a be motlotlo le molota oa hore le rona re karolo ea team ena.
Ha ke cholo joalo, Mohlomphehi, ke nahana hore re entse mosebetsi o moholo oa hore Honourable Chair of Chairs and Chair among other things – Chair of Government Assurance a utloisise hore re re rea u thoholetsa, Ntate, re u opela mahofi, feela u se ke ua tloha ua lula moriting oa tebalo, ua be u se u re ehlile joale ke roetse tlhokola nkanna ka phomola. Aa! Re tla soaba hakakang na? Ka hona, re re rea le khothatsa.
Ha ke sa tseba hore na batho ba hau ke bo mang ba bang re tle re tsebe hore re ba hooe, re be re ba ise to lunch hore re il’o ba phaphatha ho re: ‘tiisang hofeta’.
motho ea neng a nthuta tsoelopele ea puso, o ne a rata hore, ‘areward of good work done, is more hard work’. Ke Ntate Moshoeshoe oa Bobeli (Moea oa hae o phomole ka khotso) o ne a rata ho cho joalo.
Kea leboha Mohlomphehi.
HON. SENATOR M. MAKHAOLA: Kea leboha, Mohlomphehi. Ka ‘nete ka ho ts’oana le ‘na ke ema ho ts’ehetsa Tlaleho ena ea Komiti ea Tsalo-morao ea Bophethahatsi kapa lits’episo tseo ‘muso oa rona o li etsang.
Tlaleho ena ka ‘nete ea khothatsa, e-na le boiteko boo bo seng bo bonahala. Empa joalo ka motho, ke ee ke ipotse hore na ebe ho tloha qalong, nakong eo litsela li qaliloeng ho raloa ka hare ho naha, ebe batho ba qalileng ka meralo e joalo, ba ne ba sa bone eka ho nepahetse kapa e ne ekaba bohlale hore ebe pele, joalokaha mohlomong lebak, e le hobane naha ea rona e le lithabeng, ebe mohlomong infrastructure e tura haholo. Ke ipotsa hore na haeba ho ne ho na le Moralo ona oa Khokahanyo ka litsela, mohlomong ho tloha motse-moholo ho be le tsela e phunyang straight, e ea Mokhotlong, le e phunyang straight ho ea haeso koana Qacha’s Nek, joalo-joalo libakeng tse hole…
Ke bona litsela boholo ba tsona li shebile ho fapohela metse. Ke ho re litsela tsa rona ka ‘nete ha hona le e ‘ngoe eo u ka reng ena-e isa maeto ka kotloho – haeba motho a ea Mokhotlong a sa batle ho pota Maputsoe kapa Butha-buthe, mohlomong haeba moralo o ne o ile oa eba joalo, ho ne ho tla ba bobebe hore ebe litsela li se li tloha metseng, li fihla li kenella litseleng tsena tse kholo.
Joale ha ke tsebe hore na komiti ea haeso ebe karolo eo ea taba, ha ba ka ba e ela hloko kapa ba e hlokomela kapa ho tlatseletsa Lefapha leno la Meralo ea mesebetsi e moholo ea ‘Muso tabeng ea litsela ‘na?
Litaba tse kang tsa bo-tollgate mohlomong ekaba naha ea rona e nyane haholo hore ekaba le li-tollgate, empa leha e le nyane hakaalo, ke naha e phelang ka pokello ea lekhetho. Joale e ne e tla be e le tlatsetso; ntle le haeba ke litaba tse tla etsoa kamoso. Mohlomong tlatseletso eno, kamoso ha ba bo etse ba lula hape, ho sala morao meralo ea bona, ba ka e hapella hore ke bohlale ho etsa litsela tse straight kaha joale tsena tsa metseng li se li tla kenella li hlaha moo li hlahang metseng ea habo tsona. Ke mona moo litsela e tlaba morabaraba o khahlisang.
Joale ka ‘nete, ke ne ke re re hloka meralo e batlang e khema le linako.
Morena oa ka ke paki, ha re ne re nkile leeto le leng la mapolasing – ha se khale, tsela e ‘ngoe e ile ea re phunts’a thaba; e ne e se le thaba e kholo hakaalo. Haeba naha ea rona e potapotiloe ke lithaba, e ntse e le bohlale hore kamoso ho be le meralo ea litsela tsa mofuta ono.
Joale mona re ka ithoka ka Komiti ena haholo hore ka ‘nete e ts’ehetsa Lefapha leno la ‘Muso la Mesebetsi e Moholo, ka hore ka ‘nete ba bone mokhoa oa ho re motho ha a ea Mokhotlong, a se fapohele le metseng eo a sa batleng ho ea ho eona, a qetelle a sa fihla moo a neng a ea teng ka nako. Ka ‘nete le ne le tlameha hore le e shebe.
Ha ke re banna ba Basotho ba neng ba tsoa li-mineng ha ba ea hae, taba eno ea ho ba faposa metse, ba qetella ba s’a fihla hae ka lichelete tsa bana ba bona li felletse metseng eno e mengata eno, ea litsela tsena tse potolohang li kena metseng… Ke ne ke re, ke bohlale ho phutha Basotho bao, ba tsebe ho honyella hae ka nako.
Ka moso, hee, Komiti ea haeso e tla sala morao litaba tsena, e tle e ke e hlahise taba ena hore litsela re batla li be straight li re ise moo re eang. Tsena tse ling, li se li tla kenella ho tseno. Joale e tlaba ho nepahetse, moralo o hlakile hofeta.
Ka ‘nete rea leboha, re ne re re pele ea pele, Komiti.
HON. SENATOR M. MAAMA: Kea leboha Ntate Vice President, Litho tse Khabane esita le Tafole.
Ke ne ke ema feela ka liteboho, hobane litaba tsena li ile tsa phungoa ke rona, re le sechaba sa Ha Maama ka bothata ba tsela ena e neng e tloha Masianokeng mona ho ea Roma.
Ntate Vice President, u tla e lelloa hore barutehing ba kahare ho naha ena ha ho na barutehi ba sa kang ba fihla Roma; e se e se le mona kahare ho naha feela, empa lefats’e ka kakaretso.
Basotho ke batho ba bohlale haholo, ba rutehileng haholo, ‘me le batho bane bao ba leng ho bona koana, ba tla koano kahare ho naha ka mona ba tl’o bona hore na university e nts’itseng likoankoetla tsena na ke ea sebopheho sefe. Empa Ntate, ha u ne u ka sheba tsela eno ea Roma, e ne e le tsela eo ka ‘nete e nang le bothata bo boholo, haholo ha e se e bile e ile ea hlahisa le mafu. Ke se ke ile kanna ka pata batho ba bang ba bolauoeng ke likoti tsona tseno. Esitana le ‘na e se e ile ea batla e ntlhahisa kotsi.
Ntho eo ke neng ke re kea e leboha hape-hape e kholo, ke ea Komiti ena ea haeso, hobane ha nkaba ka etsa lerata ke le mong, empa e ile ea nthusa. E se ebile e khutla le HaMaama koana, ho ea joetsa sechaba sa Ha Maama hore, re tla le thusa bothateng bona ba lona. E se e se sechaba sa ha Maama feela, empa ke utloile ba tsamaile li-ward tse ngata, hobane ba se ba khutla Thaba-bosiu le Maqhaka ka mosebetsi o ts’oanang. Ka’nete, Ntate, ke re ke ema ka liteboho, ka hore ‘Muso, (eh, phoofolo eo ho thoeng ke ‘Muso ke phoofolo e thata e sa utloeng, e se nang litsebe) ka’nete rea leboha ha ele mona ‘Muso ona o ile oa utloa oa ba le litsebe ka pele ka mokhoa oo o ka khonang. Ka’nete tsela ea Ha-Maama ke ena e tl’o loka, hobane lerole ke leo le se le qobile.
Joale empa ntho eo ke etsang boipiletso ba eona ho Marena a ka mona ka kakaretso ke ea hore ke utloile ho thoe ka hare ho literopo ka mona ho sebelisoa ntho eo ho thoeng ke building-permits, empa ka ntle ka koana, mahaeng koana ha ke tsebe hore na re sebetsa joang. Re ntse re sebelisa Sesotho feela ka batho bane ba Puso ea Libaka. Empa ese eka le bona ba ka ba le lithupelo, ka’nete tsena tsa hore batho le mek’huk’hu le tse ling – hore batho ba elellisoe hore ba se ke ba namela ka tseleng.
Ha ba fana litša ka ntle ka koana, ba fane ka litša thoko ho tsela e kholo ea Sechaba, hobane u tla fumana ha ba se ba nametse ka mona, e se e le likhang tse telele hampe tsa hore joale ba namohe ‘Muso o tl’o tla o etsa lintlafatso.
Ka’nete re re ba se ke ba tšoarisa ‘Muso bothata. Le bona Marena, haeba ke mahlo, ke linko, ke litsebe tsa Sechaba ‘Muso, ka’nete ha ba rute Sechaba hore se tlohe pel’a litsela, ba ahe thoko le litsela ele hore ‘Muso ha o etsa tokelo ea oona ea hore joale o ise litšebeletso Sechabeng, ho be ho se na ba ntseng ba re, ‘‘na ke ne ke ahile khoebo e itseng ke kopa u mphe matšeliso’.
Ka’nete re ka etsa likhang tse telele! Le naha ea habo rona e ke ke ea fihla moo Babusi ba neng ba lebeletse ho fihla teng.
Ka mantsoe ana a makhutšoane, Ntate, ke re ka’nete kea leboha. Empa ke thoholetsa Komiti ena ea haeso, ke thoholetsa hape le ‘Muso hore ka nako e khutšoane haholo litaba tsena li phethahetse.
Kea leboha, Mohlomphehi.
MR. VICE PRESIDENT: Ke ntse ke qamaka Litho tse Khabane. Ehlile ekare ho felile, Morena oa ka oa Thaba.
Ke ntse ke qamaka ke re ke bone hore na ha ho na ba phahamisang matsoho, joale kea bona hore ha ba eo.
Morena oa ka oa Lioli o buile ka taba ea duplication ea mosebetsi lipakeng tsa Ntlo ena e Khabane ka Likomiti tsa eona le Ntlo eane ea Bakhethoa ka Likomiti tsa eona. Mosebetsi oa Matlo ana a mabeli o raliloe ka tsela eo e leng hore tšebetso eno e ke ke ea kenellana. Ke ‘nete ho ka ‘na hoa etsahala ho kenellana mona le mane. Empa ka mane ka National Assembly ba na le Likomiti tsa bona, ‘me Likomiti tseo re nang le tsona ka mona ka Ntlong ena li fapane haholo ka tšobotsi le ka libopeho le tsa Ntlo eane e ka mane, hore re se ke ra fumana hore re etsa duplication of work.
Empa eka ‘na eaba teng mona le mane, kahoo re ananela tšitsinyo ea hau, Ntate, ea hore mosebetsi o raloe ka kopanelo re tsebe hore re nelehetsane mosebetsi hantle re le Matlo ana a mabeli. Feela Likomiti li raliloe ka tsela eo e leng hore, mohlala, ha ba na Government Assurances, re na le eona. Ka mane ba na le Public Accounts Committee, rona ha re na Public Accounts Committee ka mona.
Ho na le nako eo ba neng ba re re tšoanela re ee Makaleng ha ho etsoa Budget re il’o ba le Makala a ‘Muso ha ho etsoa Budget ele hore re se kopane le Budget ha re e bona ka mona. Joale e ke ke ea etsahala habonolo taba eno ka lebaka la tsela eo rona re ralileng Likomiti tsa rona ka eona.
Bane ba National Assembly ho ba bonolo, hobane ba ralile Likomiti ho latela Makala. Rona ha rea rala Likomiti ho latela Makala, re ke ke ra sebetsa ka tsela eno. Feela taba ea ho sebetsa ‘moho eona e bohlokoa haholo, Morena oa ka ,joale ka ha u li behile.
Litho tse Khabane, kea hlokomela hore matsoho ha a sa le eo.
Question that Senate adopts a Report of the Committee on Government Assurances on the meeting with the Ministry of Public Works and Transport and the Roads Directorate, Put and Agreed to.
MR. VICE PRESIDENT: Ke kopa hore ke le hopotse Litho tse Khabane hore re na le IEC ka mane ka Library hore e tl’o tla e le akhela ka hare ho Sesiu sa eona, hobane sesiu se qhaluoe. Joale ba itse joaloka batho ba baholo ba le khahlametse, le se ke la ea holimo le tlaase le re le ea Litsing le il’o ngolisa. Re kopa hore le nke monyetla ono hore ba il’o le kenya ka Sesiung ka mono.
Le lona Liofisiri tse Khabane tsa Ntlo le baeti ba rona, ke ile ka bua le Ntate Clerk koano hore a tle a bue le IEC hore le lona la be le se le fumana monyetla joale ka ha le sebetsa le rona letsatsi le chabang le le likelang ka koano. E se be ha ho tlisitsoe tse molemo ho rona ebe eba tsa rona feela, le lona le tle le kenelle moo.
Ka’nete ke bona eka ha re fihlile mona moo re leng hona teng, Ntlo e tla phomola ho fihlela hosane.
ADJOURNMENT
There being no further Business on the Order Paper, Mr Vice- President adjourned the House without Question put, pursuant to Standing Order No. 16 (3).
The House was adjourned accordingly at 11:52 a.m.