Hansard 28 August 2024

OFFICIAL REPORT OF THE SENATE OF LESOTHO

6th Meeting – First Session

Eleventh Parliament

Date: Tuesday 28th August, 2024.

LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG

1.Hon. Seeiso B. SeeisoPrincipal Chief of Matsieng
2. Hon. Joel A. MotšoenePrincipal Chief of Leribe
3.Hon. Sempe Gabasheane MasuphaPrincipal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan
4.Hon. Mamolapo M. Q MajaraPrincipal Chief of Ha Majara
5.Hon. Tumane MatelaPrincipal Chief of Makhoakhoeng
6.Hon. Moeketsi Moletsane IIPrincipal Chief of Taung
7.Hon. Lerotholi Mathealira SeeisoPrincipal Chief of Mokhotlong
8. Hon. Lerotholi L. Seeiso  Principal Chief of Likhoele
9. VACANTPrincipal Chief of Phamong
10.Hon. Mojela T. MakhaolaPrincipal Chief of Qacha’s Nek
11.Hon. Seeiso S. H. NkuebePrincipal Chief of Quthing
12.Hon. Nthupi A. Bereng                    Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote
13.Hon. K.L.K KhoabanePrincipal Chief of Thaba-Bosiu
14.Hon. Mitchel S. MaamaPrincipal Chief of Ha Maama
15.Hon Moholobela M. MoholobelaPrincipal Chief of Matelile
16.Hon. Bereng G. Seeiso Api Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake
17. Peete Lesaoana PeetePrincipal Chief of Koeneng le Mapoteng
18.Hon. ’Mako T.MohalePrincipal Chief of Tajane, Ha Moetsana le Ha Mohale
19. Hon. Khoabane T. MojelaPrincipal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso
20. Hon. Retšelisitsoe MopeliPrincipal Chief of Botha-Bothe
21.Hon. Pontšo S. MathealiraPrincipal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere
22.Hon. Qeto SekonyelaPrincipal Chief of Malingoaneng
23.Hon.’Mawinnie KanetsiSenator
24. Hon. Lebona KhoaeleSenator
25. Hon. Thabiso LebeseSenator
26. Hon. ‘Maphakiso LebonaSenator
27. Hon. ’Mabataung Patricia                                MokhathaliSenator
28. Hon.Sehlooho HenryMonatsiSenator
29. Hon. ‘Makholu MoshoeshoeSenator
30. Hon. Neo Matjato MoteaneSenator
31. Hon. Seabata MotsamaiSenator
32. Hon.Richard RamoeletsiSenator
33. Hon. Limpho TauSenator

PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO

SENATE CHAMBER

Wednesday 28th August, 2024

(MR. VICE-PRESIDENT in the Chair)

The House assembled at 10:30 a.m.

PRAYER

The Chaplain led the House in Prayer

ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR

MR. VICE-PRESIDENT: Kea le lumelisa, Litho tse Khabane, letsatsing lena la Laboraro.

Ke na le litsebiso tse peli feela, ‘me bobeli ba tsona ‘nete e salang ke khopotso feela le hoja ho e na le liphetoho tse nyane ho tsona, hobane ke litsebiso tseo ke ileng ka li etsa maobane:

  • Litho tse ling tse Khabane tsa Ntlo ena Morena Mohale ka boemo ba hae SADAC P.F Lesotho Branch le Balula- Litulo ba Likomiti tse peli; Komiti ea Legislation le Health Nutrition and Gender ba menngoe phuthehong e tla ts’oareloa National Assembly kajeno le hosane. Ke phutheho e mabapi le SADAC P.F Lesotho Branch.

Ho latela memo eo ba neng ba e filoe ho ne ho kopiloe Balula-Setulo bao ba babeli hore e mong le e mong a tle a ee le Setho ho tsoa Komiting ea habo, ka lebaka leo ho bolela hore Morena Mohale le Molula-Setulo oa Health Nutrition and Gender ba tla ba sieo kajeno le hosane, joale Balula-Litulo bana ba babeli ba imatlafalitse, kahoo ka mane ka Legislation Committee Molula-Setulo o tsamaile le Morena Api, ka mona ka Health Morena o tsamaile le Mofumahali Lebona.

  • E ntse e le khopotso, haholo ho ba neng ba le siko maobane, ke ile ka hlalosa hore re menngoe ke Boeta-pele ba Morero oa metsi a lihlaba hore re tle re nke leeto la boithuto koana site tsa bona ‘Muela, Katse le Polihali ho tloha ka la 10-13 Loetse 2024. Ke ile ka hlalosa hore ka la 10 Loetse hoseng ka 07:30 a.m. moifo o tl’o nka leeto leo o tla kopana mane Lancers Inn lijong tsa hoseng moo ba tlang ho fuoa brief ba litaba tsa leeto, ba botse lipotso, ba hlakeloe ke sohle pele re tloha. Joale kamor’a brief boo re tla tloha ka tsela eo bookameli ba Morero bo hlophileng ka eona ho ea libakeng tseno tse tharo moo re il’o nka matsatsi a mararo.

Rea tseba hore ho ka etsahala hore e be ha se Litho tsohle tse tlang ho finyella ka mabaka ao li sitoang ho a qoba, kahoo re kopile hore Litho tse tla ba teng hore li tle li ngolise Tafoleng mona e le hore re fe bookameli ba Morero lenane la batho ba tla ea ho qoba taba ea ho kena lits’enyehelong tsa ho etsa litokiso.

Ka bokhuts’oane re kopa hore ba esong ho ngolise hore e tla ba karolo ea leeto leo ba tle ba atamela Tafole ha Ntlo e phomola ba ngolise.

Next iterm, Mr. Clerk!

2. PROCEEDINGS ON SUBSTATIVE BILLS AND MOTIONS

Motion

MOTION 28: ELEVATION OF VOCATIONAL TRAINING

HON SENATOR M. KANETSI: This Honourable Senate exhort the Government of Lesotho, through the Minister of Education and Training and the Minister of Finance and Development Planning, with the aid of the Manpower Development Secretariat, to consider putting more effort into elevating Vocational Training as one of the pillars of Lesotho’s education system.

This paradigm shift would result in the following:

(a) Graduates who are job creators and not job seekers;

(b) More opportunities for job creation through acquired skills;

(c) Creation of micro industries that would spur economic growth and;

(d) Export of skilled labour that would contribute to the economy through remittances.

Mohlomphehi Motlatsi oa President, taba ena eo ke e behang mona ha e ncha, ke taba e tsebahalang, feela ke tena ke sisinya boemo bona hobane ke hlokomela hore re tsietsing e kholo re le naha ea khaello e kholo ea mesebetsi sebakeng sa bana ba rona, e ka ba bana ba qetileng likolong kapa le bona ba sa qetang form E ba hlotsoeng ho nts’etsa lithuto tsa bona pele ka mabaka a fapakaneng, boholo e le ka mabaka a bofutsana, ba bang e le taba ea ho hlokahalloa ke batsoali eaba ba sitoa ho nts’etsa lithuto pele.Ha u sheba u bona eka system ena e ba lahlile.

 Ke kopa ke tle ke qale ka eona karolo eo, ke tle ke tl’o kena karolong eo ke bonang eka system e ba kapile, empa re ntse re hloka ho etsa hofeta mono. Bana ba lahliloeng ke system ke bana bao ereng ha batsolali ba se ba hlokahetse ha hona letho leo e kang  lithuso tseo e ka bang Lekala la Social Development le li atamelitse, kaha le atamela lenane le fokolang haholo.

Ke hobane hangata u tla utloa ho nts’o thoe lichelete ha lieo, e leng hore re ba le bana ba bangata ba ntseng ba nyolosa ba theosa ho se na seo ba se etsang ba sitoa ho kena likolo; le ba ka ratang ho etsa joalo ba qetelle ba bile ba kene litlong tsa molao ba leka ho iphelisa.

System ea education e lahlile batho bana, ‘me ha ke cho tjena ke hobane ho na le likolo tse ngata tse  ntseng li runya mona tseo u bonang li leka ho atametsa thuto baneng bana. Har’a metse u tla utloa ho se ho thoe ho na le sekolo sa eng eng, sa moroko, joalo-joalo and ha hona tatelliso e kaalo mohlomong re le puso hore na li hokae likolo tseo, li accredited na, li etsoa supervise ke mang, li fana ka thuto e joang, li nepahetse, li isa bana kae kapa li ka qetelletse li ntse li inkela chelete e sieo ea batsoali ho se na batho ba tsotellang taba eo na. Ka ‘nete ke bua ka hore mohlomong re ke re atamele taba ena ka hlokolosi eo e e lokelang e le hore le beng ba likolo tse joalo ba tsebe ho thusoa le bona ba be boemong, ba behe le likolo tsa bona boemong bo tla tsoela bana molemo, ba be ba thusoe le ka quality assurance, ho tsebahale hore na ba ntse ba ruta eng, e bang ba hloka equipment, ba atameloe ba tl’o rupeloa ba fuoe ts’ehetso e lekaneng.

Ke ntse ke re ke bana bao ba bo standard 7, form C. _Hangata u tla utloa hothoe LOIC e teng e tla ba nka; empa e ka se ba nke kaofela, hape lithuto tse fanoang ha se tsohle tseo LOIC e ka ba fang tsona, joale re bona li se ntse li runya metseng mona ho se na tatello ea tsona.

Ke kena ho tseo ke reng li etsoa recognise ke system, tsena ke likolo tse kang Itjareng, technical tsa rona tse kang Bishop Allard, le St. Elizabeth. Le tsona u bona hore ka nako ea June re ile ra etsa boithuto bo bokhuts’oane mona hore na hantle likolo tse teng tseo ho thoeng li fana ka this vocational training li kae ka palo, li chakeloa hakae.

Ho fumanehile hore tse teng tse chakeloang li supile feela ka hara naha, feela li ngata tse tletseng mona tse kang IBC; e fana ka lithuto tse joalo, empa ha e eo mona. Mosh Catering le eona ha e eo le tse ling tse ngata tse ntseng li runya. E leng ho re ha hona motho ea tsebang hantle hore na ho etsahala joang ka tsona.

Ke se ke tlohella tseo, ho na le tse sa tsebahaleng hohang joale ke re le tsona tseo re fumane hore haesale li qetela ho chakeloa ka 2020/2021 ho sheba hore na li ruta joang, li fa bana eng. Ho qetetsoe ka 2021,empa tse ileng tsa ka tsa chakeloa 2023/2024 re fumane hore ke likolo tse tharo, e leng Technical School of Leloaleng, Ntlafatso Skilled Center, Technical School of Leribe. Joale leha li chakeloa joalo, tse ling tsa tsona li chakeloa ka fono, hobane hothoe ha hona chelete ea accommodation ea hore ho tsuoe ho uoe literekeng ho il’o hlahlojoa, e leng ho re le tsona tsena ha re sa tseba na boemo ba tsona ba quality assurance bo eme joang.

Kea tseba re na le setsi se fanang ka accreditation,che, se etsang hore ho bonahale hore likolo tsena li nepahetse ka their syllabus le hore na li fa bana lithuto tse nepahetseng tsa maemo a nepahetseng. Joale empa haeba re ka li chakela feela ka fono, kapa ha ‘ngoe selemong hoa utloahala le lihlahlobo ha li fanoa hothoe ngoana o pasitse ha re tsebe na o tla hla fele a etse joang.

U tlohella hore le ho li-business mona ha ba fihla ba tsoa likolong likhoebo li ntse li lla hore ba tla ba se na litsebo tse hlokahalang ka lebaka la hore ehlile ha ba fuoe ts’ehetso from the Ministry, hobane ha o na budget e lekaneng ho etsa assess likolo le hona ho etsa li test tsane tsa hore ha ba tloha mona ba il’o fumana li trade test ba tsebe ho fumana mesebetsi. E leng hore taba ena e serious ebile hoa bonahala hore ha e nkeloe hloohong haholo.

Ke etsa mohlala, ke re selemong se tsoa feta sa 2023/2024 likolo tsena kaofela li abetsoe M500 000 hore li etse mosebetsi ona. Re se re ntse re utloa hore na taba ena e bolelang, e be ka ‘nete selemong sena sa 2024/2025 rea nyolla budget Letona le fana ka M1.1 million hore ho etsoe mosebetsi. Joale empa e ntse e sa lekana,hobane haeba linaha tse ling li fana ka ntho e isang ho 11%-12% annual budget e li fa taba ena ea vocational training hoa bonahala hore re  sa le hole.

Lebaka la ka ke hore re ntse re lla ka mesebetsi, ke hona moo joale bacha bana re ka ba ts’ehetsang ba ba le litsebo tsena eaba ba iphumanela mesebetsi eaba ba iqapela le mesebetsi ka bo bona ba hira babang. Ke bona eka ‘na ha re ntse re lla ka tlhokahalo ea mesebetsi ehlile re ka tiisa letsoho teng hore taba ena e tle e atameloe beterenyana.

Ke boetse ke fana ka mohlala, rea hlokomela hore Polihali e qalile, ‘me nako ena kaofela li company tse sebetsang ka mono li akhela likheo tsa mesebetsi tse ngata; u tla fumana e le letoto la mesebetsi e mengata ho batloa bana ba entseng metlakase, plumbing ,lepolanka le ba entseng catering. U tla fumana list e long ba 2 pages le ho feta, empa na bana ba rona ba atleha ho fumana mesebetsi eo?

 Ke lebaka lena u tla fumana mesebetsi eo ea bana ba rona ba Lesotho e ba companies li se li ntse li tla li bakhoaela ka mahafing, hobane rona ha rea ba otla ho lekana hore ba tsebe ho amoheloa mesebetsing e joalo.

Ke se ke iketsisa ke letsetsa NMDS, ke re na u etsa sponsor bana baa ba etsang lithuto tsa mesebetsi ea matsoho level e ka tlaase ho ea bo Fokothi?  Ke hobane ke hlokometse hore Fokothi e khahlamelitse ka hore e ba etse le likolo tsa bosiu e re ka mor’a mantsiboea ba tsamaee ba il’o ithuta. NMDS ea re, che, re fana ka lihlapiso ho tloha ka motho a il’o etsa Diploma Fokothi, bano ha re ba fe tsona. Ka bona bothata, hobane ke bona bana bana ba se nang mang oe, bao joale system e ba hlatsitseng completely, ka ba ka sheba fees tsa teng ka re li fee tsa Fokothi mona ke M10, 000, joalo-joalo ka programme tsa 8 months, 6 months. Hothoe ngoana eo a se nang mang kapa mang o tla e nka kae chelete eo? Ke hona moo tsietsi e leng hona teng, moo batsoali ba sitoang ho atleha teng, moo mofere-fere ona o ntseng o utsoa, o kene bosholung le lithethefatsing o leng hona teng.

Ke ne ke re ke re ikeletseng re ke re bone hore na bana bana re ba etsa joang ,re etse support litaba tsena e le hore litaba tsa Polihali  eke  ere ha li phatlalatsoa tsa be li phatlalatsoa bana ba rona ba ts’oere certificates, ba fetile trade test e be joale ba se ba fumana mesebetsi ea mefuta e joalo.

HON. SENATOR. R.P.L. PEETE:  Ntate Vice-President, Kea leboha.

Ke utloa Setho se Khabane se li beha ka makhethe le ka boqhetseke; oa utloahala hore litaba tseo a ntseng a li bua o ile a etsa lipatlisiso pele. Ke mpa ke rata feela hore Mohlomphehi Kanetsi u  ke u fe Ntlo ena e Khabane hore na u  hlokometse-ke rata mane moo u buang ka litaba tsa Manpower, hore naha ea Lesotho ka lekalana leo kapa Setsi seo Sa Lihlapiso se thusa bana ba Basotho hore ba il’o inthafatsa.

 Nako e ‘ngoe ba intlafatsa South Africa le linaheng tse ling. Joale moralo ke hore e tle ere ha ba se ba fumane mangolo a bona ba fumane mesebetsi ebe ba khutlisa chelete eno ea sechaba. Na ho fihlile tlhokomelong ea hau hore batho feela ba ka khutlisang chelete eo ea ‘Muso oa Lesotho ke ba sebetsang ‘Musong oa Lesotho feela? Na ha u bone eka u lokela u tiise ka matla puong ee ea hau hore hobe le meralo le meoloane e etsoang ke ‘Muso kapa Lekala la Thuto kapa Setsi seno sa Lihlapiso hore bana ba sechaba sa Basotho ba sebetsang abroad ha ba se ba thotse mesebetsi ba bone mekhoa ea hore na ba patala joang kapa ‘Muso o bone hore na chelete eno ea Lesotho e khutla joang?

Ke hobane more than 80% of them ba kenang sekolo ka ntle ho Lesotho ba se ba sebetsa ka koana joale ebe chelete eno ea rona e oelelletse!

HON. SENATOR M. KANETSI: Kea , Setho se Khabane. Ka ‘nete ehlile ho joalo. Ka lehlohonolo nkile ka ba ho Board ea Tsamaiso ea National Manpower, ehlile ke challenge e kholo. Ha ke tloha mono ho ne ho se ho ntse ho etsoa meralo ea mefuta ono hore joang kapa joang ho fumanoe mekhoa ea hore na chelete eno ea sechaba e ka khutla joang hore e tl’o tla e thusa ba bang ba kenang ho ea pele. Ha ke tsebe ka ‘nete, hobane e ne e s’o fele taba eo, ha ke tsebe hore na e felletse kae, ha nkaba ka botsa ka eona, feela ke taba ea bohlokoa haholo.

E ‘ngoe e neng e boetse e bonahala e le qholotso e teng e ne e le hore le ba teng joale ba qetileng ha ba na mesebetsi joale ba sitoa ho khutlisa chelete ena, hobane ha ba na mesebetsi. E leng hore taba ena e re ho rona ka ‘nete re tlameha ho sheba taba ena ea thuto ka leihlo le sele. Ha u sheba u bona hore boholo ba nako re bo beha ho theory. Le bona bana ba li-Tertiary tse recognised le ba li-Univesity ho na le makalana ana a nang technical aspect; ho tsona li-University tseno boholo ba lithuto ke tsona tseno tse lutseng fa’tse ho baloa ebile ho etsoa research. Ha ho thoe ho uoa for practice ba fuoa likhoeli tse tharo.

Ke le motho oa khoebo ha e ea lekana, hobane le khoebong eo ke leng ho eona ha u mo fa likhoeli tse peli u mo kenya department tse itseng, ha u mo  fa likhoeli tse peli u mo kenya ho e itseng –  at least moo ke sebetsang. Ha u mo kenya ho e ‘ngoe hape o kena ho e itseng. At least minimum of 6 months ke eona e lekaneng horeu ka re motho enoa o utloile a ka tsoa a il’o sebetsa ‘nqa e ‘ngoe kapa a ba a ba le monyetla oa hore a qale e se e se le hakaalo.

Joale empa ha e se e qala e ba ka tlaase ho 6 months feela u tsebe hore ke mathata, u nts’a motho ea ntseng a le tala-tala. Internship ea 6 months ho ea holimo ke eona e nepahetseng.

Re nka ena ea libuka e le eona e bohlokoa haholo, ‘me ha se hona moo taba e leng teng. Ena ea libuka e ne e ka etsa e hlaphole batho ba utloisise li-concept, ba utloisise le se batloang joale ba ee matsohong. Ebe boholo ba nako ba ea mane moo ba t’soarang ka matsoho ho feta ho lula ka sekolong. Ntle le haeba motho eno e il’oba tichere kapa lecturer university e tla ba ntho e fapaneng, empa haeba motho enoa o il’oba Ngaka, Lawyer and Engineer hoa utloahala hore o re tlameha ho etsa practical haholo.

MR. VICE PRESIDENT: Potso ka Honourable Monatsi.

HON. SENATOR S. H. MONATSI: Ke lebohe ka uena, Mr Vice President.

‘M’e o ntse a bua hantle Mohlomphehi Kanetsi, ke mpa ke re na ha u bone ho hlokahala hore litaba tsee tsa thuto li hle li qale li-primary mane hore bana ba rutoe mosebetsi oa matsoho joalo ka ha u ntse u bua ka litaba tsa Lekala la Thuto? Le lipeo li be teng mane likolong bana ba rutoe ho ea lipolotong.

 U buile le ka Poli-hali,’me Poli-hali e phatlalalitse pele hore batho ba Mokhotlong ba itokise ba leme meroho, poone le linaoa molemong oa hore e il’o reka lithepa tseno tsa bona. Ha li eo mane, batho ha ba leme. Le ha u ka fihla haeso mono Mapholaneng ha hona kotolana ea moroho setopong mono, ntle le hore ho uoe South Africa o il’o latoa, ‘me ke ho bolela hore bana bana ba rutoe mosebetsi oa matsoho ho tloha tlaase-tlaase ba se ke ba rutoa litaba tsena tsa libuka kapa sekhooa sena seo ba se buang  majoaleng mona ba tsuba le matekoane.

Na ha ho betere na ‘M’e Kanetsi hore ba tlohe tlaase-tlaase mane na?

HON. SENATOR M. MAKHAOLA: Potso e nyanyeletsang.

MR. VICE PRESIDENT: Litho tse Khabane! Le tl’o tla le kenya letsoho litabeng tsena. Ke tl’o tla ke le fa hore le bue. Kea le kopa, hle, hore le mo lumelle a qete re tsebe ho tla tla re bua ka litaba tsena. Le na le nako le tl’o tla le li bua ka botebo bo boholo haholo.

HON. SENATOR M. KANETSI: Mohlomphehi, kea leboha ebile ha ke sa le molelele litabeng tsena tsa ka joalo ka ha ke ile ka cho hore ha se litaba tse ncha. Ke mpa ke ts’oenyeha feela ke ho bona hore re shebile litaba tjena. Re li hlaha ka lehlakoreng le sele moo re etsang focus moo ho lula ka sekolong ka mane ho ngoloa ho feta ho etsa ka matsoho.

E leng hore litaba tsena tsa hau, Mohlomphehi Monatsi, ka ‘nete li bohlokoa haholo. Ha e ne ekare hona primary mono eaba ha ho uoe temong ka lesson e le ‘ngoe ka class ka beke, eaba re fumana nako e ngata ea hore bana bao ba leke ho lema, ere time-table ea hae ha e re ke ha ‘ngoe ka beke ebe letsatsi leo ho thoeng letsatsi lena bekeng ke la temo, e le hore letsatsi leno ba le qete ba ntse ba lema, ba rutoa ho lema lijalo tse fapakaneng lipolotong, u ne u ka re re ka atametsa moo re eang.

Ke mpa ke ts’oenyeha feela hore ekare re e etsa re se convinced hore taba ea vocational training ke eona. Ekare re etsa feela ha ke tsebe hore na ho khahlisa mang. Ekare ha re lumele ho eona, hobane ha re ne re lumela ho eona e ne e ke ke eaba ka selemo re fane ka M500, 000 naha kaofela. E ke be eaba re fana ka 1million tlas’a vocational training feela re bona hore ke eona e ka etsang create mesebetsi ea jara naha ena eaba ea holisa moruo.

Ke hobane le batho ba nang le li-skill ba seng ba na le tsona ke bana bao ho seng hothoe “joale re ka ba nka ra ba isa le linaheng tse ling ba ea bont’sa batho ba bang” ba kenya chelete ka har’a naha. Bana bana ba ka hira le bana ba bang, hobane joale ha a se a tseba temo o hira bane ba bang ba es’o kang ba ea mono ba mo thusa, ba lema, eena o isa ‘marakeng ebe  oa ba patala. Ha a se a tseba lepolanka o hira ba bang. Ha e mong a etsa cutting e mong o etsa measure, e mong o etsa join e se e ba ntho eno e joalo eo ngoana enoa a ka etsang mosebetsi. Ba teng ka ‘marakeng mona ba lakatsa hore ba fuoe li-skill tse nepahetseng ba fumane li-certificate e re ha Poli-hali e re “ke batla oa lepolanka a il’o etsa li-unit tsa matlo a ka mane,” a fihle a hohole bona bana ba ka ‘marakeng ba ke ba il’o fumana chelete e betere, a ba ise Poli-hali koana ba fihle ba sebetse ba khutle ba tl’o etsa mesebetsi ea bona.

E leng hore hona le shift e ‘ngoe eo re tlamehang ho e etsa hore na re atamela litaba tsa rona tsa thuto joang. Hona joale tjena ehlile hoa hana. Kea kholoa ha ke e phethela ke mpa ke llela menyetla ena eo ke bonang e ntse e hlahisoa ke litaba tsona tsena tsa Polihali, ke re hana re hokae. Ere ha ke re ke bua le Manpower ke utloe hore Manpower ha e mono.

Joale le Manpower ke bona eka matsatsing ana ekaka re shebile feela hore Manpower e abe lichelete athe lekalana lena la Manpower ke lekalana le shebang human resources development ea naha hore na naha e hloka litsebo life tsa mesebetsi. Ke hobane Private Sector e hloka batho ba nang le li-skill tsa mofuta ofe? Joale  ke bona eka Manpower e it’sitlehile feela holim’a hore re se re aba lichelete.

In my time mona ehlile re ne re sheba feela hore re tl’o fa li-programme tse itseng le tse itseng chelete, ha re fe tse itseng. Ka nako eno u ne u utloa feela empa ke s’o hlakeloe ke litaba tsena hantle. Joale ke hlokomela hore re ne re ntse re sa etse tsona, hobane re ne re t’soanetse hore re ke re lule fat’se le Lekala la Planning le Private Sector ebe re re “Private Sector! Mona moo le sebetsang teng le ee le bone ho shota eng”. Ebe haeba hona joale Poli-hali o re re hloka batho ba etsang plumping, ke hloka batho ba kenyang marulelo feela – joale bana ba rona ha ba na lintho tseno, ha ba na le tsona ba fokola, ha ba le teng ha ba na li-certificate, hobane ba etsoa test.

Ka mane ka TVD ke hopola ekanna eaba bana ba kopana ho etsetsoa test ba se ba bile ba lahlile litsebo tsena, hobane lilemo tsena tsa bona esale ba etsa graduate ha hona li- trade test, ha hona motho ea ba fang li certificate. Ba tla hiroa ke mang? Feela ba tsoa patalla litsebo ebile everything e entsoe feela ha hona motho ea ba etsang test; hothoe chelete ha e eo! Oele! Mona re se re etsa thapeli.

Ka ‘nete, Mohlomphehi Vice President, I move hore ka ‘nete re ke re shebe taba ena ea ho etsa support vocational training ka tsela e matla e le eona e tla re kholla bofumeng, e le eona e tla tlisa mesebetsi ka har’a naha, e le eona e tla etsa litsebo tse nepahetseng hore re hole re le naha moruong le litsebong.

 I so move.

HON. SENATOR DR. T. LEBESE: Kea leboha, Ntate Vice President.

Ke u lumelise Ntate, Tafole ea hau le lona Bahlomphehi. Ke ema mona ho tlatsa Setho sena se Khabane se buileng ka matla a maholo litabeng tsena tseo a li buileng, mohlomong ho tiisa thuto ka hare ho naha le ho hlahisa mesebetsi ka tsela eo a behileng ka eona. Empa mohlomong ha ke tlatsa litaba tsa hae ke ne ke re kea kholoa ho bohlokoa, Mohlomphehi, ha u behile ka thata tjena –  le Mohlomphehi Monatsi o e supile taba ena. Moo taba e leng hona teng kea kholoa ke tabeng ea curriculum eo re e latelang.

Litho tse Khabane li tla hopola hore ka selemo sa 2012 re ile ra chencha mokhoa oa rona oa ho etsa lithuto Lesotho mona, ‘me ra tloha thutong eane ea rona ea standard eaba re ea li-grade, ‘me ho nepahetse hore le re grade 7, 8, 9, joalo-joalo, kaha ha re na li-standard, Bahlomphehi.

Ha ho le joalo ho ile ha tlosoa ntho eane e neng e bitsoa PSLE, taba eno e ne e na le mabaka, hobane moralo oa thuto o ne o tl’o lateloa ka nako eno e ne e le hore bana bana ha ba fihla Grade 8_-  ‘me rea hopola hore PSLE ba ne ba pasa ka 3rd class, 2nd class le 1st class. The system itself ka nako eno e ne e lumella hore bana ba sehlopha sa boraro (ke hore e se e ntse e ba t’soela hona mono) ba pasitseng ka second class hoea ho first class ke bona ba tla nt’setsa pele lithuto tsa bona.

 Joale ba ea nthong ena e bitsoang academic main stream. Empa se ileng sa etsahala ha re chencha curriculum ka lilemo tseno tsa 2012, e ile ea tuma haholo curriculum eno ka hore ke “pele feela”. Ke hore e ne e mpa e sheba the proficiency ea ngoana hore na o entse achieve ka lilemo tseno tsa hae, empa Basotho ba ile ba e fumanela mantsoe a monate haholo a “pele feela,” [litseho] empa taba moo e neng e le hona teng e ne e le hore ke thuto e neng e sheba the proficiency ea lilemo.

Sebopeho seo e neng e hahiloe ka sona e ne e le hore ha ba fihla grade 8 le grade 9 ba etse lithuto ‘moho, ebe ha ba ea grade 10 ba ea aroha, ba bang ba etsa hoo re ho bitsang academic main stream, ke bana bana bao u tla fumana hore ba batle lithutong bona ka bo-bona. Ho re na ke mathematics, physics or biology u bona e le ngoana ea  atlehang ho utloa ka lilemo tseno tsa hae a tsoela-pele hantle. Empa ho boetse hona le ba bang ba atlehang ho utloa, empa u fumana hore ha ba boemong bo t’soanang le bao, ‘me bano re ne re ile ra ba beha ho ntho eo re e bitsang technical main stream. joale re boele re be le ba bang, e leng ba mesebetsi ea matsoho, ho be le mokhahlelo o mong oa ho qetela oo re neng re o bitsa artisans,ke ba bonono ba ka tsebang hore ba etse lithuto tseo re reng ke li fine arts,  hore, Ntate Vice President, ha u lutse mono ha a nka pampiri a u toroee a u nt’se u le joalo, a etse a portrait of you. Ke batho bana bao ka bo-bona u ka fumanang ba isoa feela ho etsa harness li-skill tsa bona. Baatleha ho kenya lintho tse mona tseo bo-‘m’e ba li kenyang manaleng mona tse telele. Ha ba kentsoe joalo ba ba etsa botle, ba etsa li-massage. Ke  skill seo re neng re se shebile hape-hape hore ho na le bana ba nang le litsebo tsa mofuta o joalo.

Mohlomphehi Kanetsi, ha u ntse u bua curriculum eno ha e ea kena ts’ebetsong ho tsoelella, hobane e qetelletse e felletse feela ho the main academic stream, ‘me haeba e ne e le program e etsang bana assess ka proficiency hore na ba tseba eng hono ho bolela hore re ntse re khutletse ho sona standard sane feela joale ka reverse, hobane ba ntse ba tsoela-pele ka bona boemo bono.

Re fumana mahlabisa-lihlong a t’sabehang ho bana ba kenang li-tertiary institution! Ka ‘nete ho ngola feela –  sentence construction ke bothata bo t’sabehang, hobane ke bana bane ba ileng ba kena free primary education, joale ha ba fihla ka mane ka grade 8 ba fumana ho uoa pele feela ho se na ho feiloang ,‘me taba eno e re baketse bolutu haholo, hobane haeba re ile ra sitoa ho nka monyetla oa ho etsa promote mosebetsi ono oa matsoho ka hore re be le li-artisan re be le bana ba etsang technical subjects, taba eno e re baketse bolutu haholo.

Ke hobane likolo tsona tsa li-high school tse  ntseng li etsa technical subjects li fokola haholo ka hare ho naha; ke ho re ke likolo tse baloang haholo, ka lebaka la boturu kea kholoa ba lithuto tseno ka ha joale ke li-practical courses tse hlokang material a mangata haholo hore bana bano ba ithute ka tsona.

Taba eno re ile ra sitoa hore re fumane monyetla oa ho nka an opportunity eo re neng re entse design ka curriculum eno hoo Basotho hona joale ba seng ba etsa question the value of our curriculum because now we are in a situation moo re reng ngoana o etsa grade 8 ho fihlella grade 11. Ha u sheba lilemo ke ngoana ea lilemo tse leshome le metso e tseletseng eo u reng a tsamaee a ee tertiary institution. Ke hore ba sitoa ho etsa cope bana bano ha ba fihla boemong ba Fokothi, LCE kapa NUL ,simply because ba ntse ba le banyane. Ha re na hoane hoo re neng re ho bitsa COSC joale re se re etsa LGCE ,joale hona mono ha ba fella, ba fella ho grade 11, e leng hoo re ka ra ho bitsang equivalence ea Form E.

Taba eno e re baketse bolutu ka curriculum eno. Ha moelelo e ne e le hore ha ba fihla grade 11 ho tla ba le hoo re ho bitsang advanced subsidiary, le hoo re ho bitsang A-Level, ‘me ke likolo kea kholoa tse sa feteng bohlano tse etsang li-course tseno ka hare ho naha. 1. ke Lesotho High School, Lesotho China School, Ts’akholo, Sofia le Mapetla –  kea kholoa ke tsona tse neng li khethetsoe ho e etsa. Very few schools tseo li neng li lokela hore bana bana ha ba tloha grade 11 ebe ba etsa AS ,ebe ha ba tloha AS ba etsa advance level. Ha u re u ba isa tertiary South Africa ba ba hana ba tla u joetsa hore ba raw haholo, ba tala, joale  ba amoheloa ke li-institute tsa rona tse ka hare ho naha, ‘me ha u sheba boemo ba bona ba le selemong sa bobeli le sa boraro ka ‘nete ke bothata bo t’sabehang.

 Joale bana bao u buang ka bona, Mohlomphehi, bona ba lahlehile ka hare ho system. Ke hore system eno e ba ts’oetse. Taba e ‘ngoe e kholo mona e bohlokoa eo u e supileng likolo tsena tsa vocational training li mefuta e meraro: re na le li-institute tsa skills training, ke hore tseo ka bo-tsona e leng feela hore ba fumane li-skill. Hona le se seng seo ke eeng ke bone ba se bapatsa haholo lately sa Katlehong skills centre. Ke taba ea li-skills feela ba nka 6 months feela ba tsoa ba fumane trade test ha lekala le ba etselitse li-test ebe ba tla ea to their field. Re boetse re na le tse ling tse hare tse nkang technical training li e kopantse le vocational eno. Likolo tsena qholotso e kholo, Mohlomphehi, joalo ka ha u supile ke budgeting, kaha inspectorate ea TVED subjects ha re na eona, ‘me taba eno ka bo eona e boetse e etsa lower the standard ea output ea bana bana ho tsoa hore ba ee ‘marakeng; e fokola haholo.

Taba ena e bohlokoa haholo, Bahlomphehi, ha ke u tlatsa, Mohlomphehi oa ka, hore haeba re ne re ka ra tsitlallela curriculum eno e ntle haholo, hobane ha re tla etsa introduce curriculum eno ka 2012 ,e ne e se e le Lesotho feela in the SADC region ba ntseng ba latela that particular curriculum. Bahaisane ba rona mona South Africa have long ditched that particular curriculum; ha u e-so ka u utloa ba re bana le grade 7 ho phatlalatsoa li-results, kapa JC joalo ka ha re ne re etsa. Li-results tsa bona u tla li bona li hlaha ka matric levels, ‘me e ne e le hona moo re shebileng hona teng.

Re ne re etsa approach ka hore re be le advanced subsdiary le A-levels, ‘me qholotso e kholo ke bana bao re ba tlohelletseng joale bao re ba isitseng ho academic main stream, joale re ba tlohella ba le 16 years. Ba tletse mona hohle, they are 17 years olds that cannot be absorbed by any formal education system, ‘me u bona the mushrooming of the technical institution tse hlahang hohle mona, ba u ruta lepolanka, ba bang ba ruta litaba tsane tsa li-artisians, mopheho le ho ruta-ruta ho kenya manala mono, kapelenya motho enoa o etsa quick buck o se a mo tlohelletse ba se ba butse mok’huk’hunyana.

Ua bona hore ho na le bana bao ehlileng ka bo-bona ba tsitlallelang ho etsa mosebetsi ono oa matsoho, ekaba li-artisian kapa bana ba technical. Empa kaha ha re ea ba etsetsa provision ea hore ba tla etsoa absorbed kae taba ena e fana ka bothata.

E ‘ngoe e kholo eo re tlamehileng ho bua ka eona, Bahlomphehi, ke ea hore our technical institutions mohlomong ha u nka Lerotholi Polytechnic, Leloaleng, TTI le sane sa Leribe those are the only ones tse  neng li le accredited, ‘me li boemonyaneng bo ka holimo.  Ke tsona tse neng li etsoa recognise ke NMDS. What a shame! Because re na le tsena tse ling tse ka tlasana. Mohlala, ke seno se Mohale’s Hoek mono moo hangata ba ithutang mopheho le eng, u tla fumana bana bana ba thusoa feela ho patalloa tuition, empa bolulo le tse ling tse thusang morutoana hore a tsebe ho kena sekolo ha ba li fumane sekolong mono.

  Taba eno ka bo eona e se e ntse e le hindorous ea hore ba sitoa hore ba etse access the taxpayers money via the NMDS because of the budget. Joale ba ea likolong tseno tse seng li ntse li le ridiculously higher than the high school in terms of chelete e nt’soang mono ea li-fee eo batsoali ba sa atleheng ho e lefa. Le bano ba lakatsang ka ‘nete ha ba atlehe, hobane ba eang LOIC ke bana ba lulang Maseru bao batsoali mohlomong ba ntseng ba atleha hore ba fumane hore na ba ba lefella joang. U bona taba ena e re baketse bolutu ba hore taba eno ho na le a lot of schools tse bang mushroomed ,‘me tse hlahang hohle mona. Joale NMDS e sa etse harnesslitaba tseno.

The reason why, Bahlomphehi, re ileng ra ba le Lekalana la NDMS l oela ka hare ho Lekala la Planning ke hobane ho ne ho tlamehile hore ho etsoe meralo. Ha ke na khang, Ntate Vice President le lithuto tse ling, feela ke lieha ho fumana hore na hoban’eng ‘Muso oa Lesotho o ntse o tsoelapele o etsa sponsor batho ba etsang B.Ed ka hare ho naha, ba etsang Development Studies, history and theology and yet re na le li-skill tseo re reng rea li shota?

 Ke hore we have skills tseo re reng we need technical subjects tse tlamehang ho kena in the curriculum, batho bana ba etsoe sponsor ba etse tsona. We need scientists ka hare ho naha ena, re hloka lingaka empa ha u bone re ea mono. Ke ho re le selemong sena, Morena oa ka oa Maama, kea tseba ba il’ou bakela traffic e t’sabehang hampe ka mane, kaha it’s  graduation season.

Litichere feela tseo re seng re ntse re na le tsona that are unemployed are 10 000. Ba tlo etsa graduate hona joale tjena ka likolo tsena tse peli tse kholo tse nts’ang litichere, where are we taking them to? Ke chelete e ngata ea sechaba sa Basotho e tsetetsoeng mono, ‘me they are failing hobane Lekala la Thuto hona joale ha u sheba likolong tsa mathomo ba ntse ba hira ba qetileng lilemo tsa 2014 and 2015, 10 years later. It says chelete ea sechaba e entsoeng invest ho bana bano e nka lilemo tse leshome pele e ka ea khutla.

Ke ‘nete, Morena oa ka, ho tla patala bana bao ba sebetsang ‘Muso, hobane ho bobebe hore ba ba fumane, feela ba patala chelete eno ka morao ho lilemo tse leshome. But we have li-skill tseo re reng re na le shortage ea tsona tseo u sa boneng NMDS le ka mohla eka e tla ikeletsa hore re ke re shebe hore na re etse a job survey e tla re joetsa hore na which skills are there moo re hlokang batho.

Ha ke re hajoale mohlomong ka ha ke ile ka rutoa li-science sekolong batho bohle ba etse hoo ke ileng ka ho etsa, empa I do not find value ka motho a entseng DS le History, kaha ha ke tsebe hore na e tl’o re thusa ka eng re le naha. I do not find value ka motho a entseng Theology, ke tseba ho bala le ho ngola ke tla bala, ‘M’e Mofumahali! I do not have anything against The Bible, empa ke tla bala. Joale feela ho nka motho u mo isa a il’o etsa Theology le Philosophy, oe! E boima haholo! Homme re na le bona ba nka lilemo tse leshome le leshome le metso e mehlano ho fumana mosebetsi ,yet we knew there was going to be an opportunity ea karolo ea bobeli ea Letamo la bobeli la Metsi a Lihlaba.

Re tsebile re ile ra bona skill tseo re neng re se na tsona re le naha ha ho ne ho etsoa Mohale Dam le Katse Dam, empa re na le li-planner, re na le lekalana leno la NMDS le ka hare ho Lekala la Planning, ba ile ba iphapanyetsa hore ebe re tiisa Our Lerotholi Polytechnic. Ke thabile ke bone hore eona e etsa progress because I think starting from this academic year ba kentse lithuto tsa boemo ba Degree.   E leng hore ho na le moo ba bonang in each market hore na ba ka etsa eng. But still hono ha hoa lekana, hobane re ntse re na le shortage e kholo haholo litabeng tseno and yet ‘Muso oa Lesotho half ea budget e fuoeng NMDS ke ea bana ba rona ba il’o etsa B. ED Roma. Ha ke tsebe hore na ba tl’o ruta eng, hobane leha ba entse English Language and English Literature, there are no positions; re emetse mohla Tichere e tla shoa kapa e etse retire.

 Taba eno e etsahala ka morao ho lilemo tse tharo kapa tse ‘ne, ‘me hape ba bangata bao ebileng ba hiroang ke bana ba Primary.Ke ho re ka High School ke tsietsi e tšabehang. Feela re ntse re bona re tsitlalletse tabeng eno e tšoanang, ‘me kannete ke e tlatsa haholo taba eo, Mohlomphehi. Ese eka leha re ne re tšohla taba ena ua tseba ebe Ntate Director ea TVET o teng o re mametse. Ebe ‘Me’ Director NMDS o teng, because re lla mehla ena ka tsela eo our tax-payers money e sebelisoang kateng.

 Ba tl’o qala hona joale, Mohlomphehi, NUL ke utloile ha ba s’o fumane chelete. U tl’o utloe bekeng e tlang, e tla be ele strike.  Ke hona ba ntseng ba etsa register, ‘me re se re ntse re tseba hore na bekeng e tlang e tla be ele eng.

Ha ele hona ba ntseng ba etsa register, Ntate Vice-President, it says mabitso ha a s’o fihle NMDS a bana ba tl’o fuoa chelete. Hore litaba tseno li etsahale, ba tla fumana chelete October. Re se re ntse re tseba hore na re tla hokae.

Empa bana ba rona ba kenang Technical Institutions mona, bo Bishop Allard you can hardly ever get a story moo re reng bana ba entse strike. Ke meraong ena bana ba ‘mileng o ka tlase ka mona, kaha bona ba ea nelehetsana ke ee bone ba se ba na le bona boitšoaro bono, ba tla koala ‘mila ba se ba etsa strike. Empa ha u ne u shebile the nature of Leloaleng, the nature of sane se Thaba-Tseka the way ba neng ba etsa litaba tsa bona ka eona, ene ele batho ba rutoang ho itšoarela. ‘Me ha ba ne ba tsoa, Mohlomphehi, ba ne ba utloa hore ba etsa fulfil litaba tsena tseo u li thathamisiteng mona hore they are not job-seekers, but rather they are job-creators.

All what they need is an incubation ea hore feela ba fumane mokhoa oa starter-packs tsena tse ntseng li etsoa ke BEDCO le mafapha a mang, ebe ba qala mosebetsi boitjaro bo ba teng. Ebe re ba le li Boil-Makers, re ba le Welders tse khonang hore li il’o etsa fill positions tsane.

 Joale u bone hona joale tjena batho bana ba habo rona koana, Morena oa ka, ba re tebela batho ba Mokhotlong hobane joale bona litsebo tsena ha li eo. Joale ha ba bona ba tlohang mabalane ba nang le tsona ba fihla ka mane, e boetse e etsa create litaba tseno, hobane batho ba Mokhotlong, Ntate Vice-President, ntho e ‘ngoe le  ‘ngoe e etsahalang ka mono ke ea bona, ke bona pele. Empa re ntse re arolelana moruo le bona mabalane mona. Leha re se re ba kopa hore moo skills tsa bona li fellang teng, ba tle ba fumane tlatsetso – leha u beile hakaalo, Mohlomphehi.

Mohlomong ea ho qetela eo nka buang ka eona ke ea hore kea tseba ho ile ha eba le an incubation ea Technical Courses e ileng ea etsetsoa batho ba Mokhotlong. ‘Me ba ile ba fuoa trade-tests tseno e ka ba palo e isang ho 3, 000. Ene e ka ba bana ba etsang Bricklaying, ele mohlomong ba cheselletsang. Joale ba fihle ba etsoa assess hore na efela ba na le litsebo tseo, joale ebe ba fuoa Certificates. Ene ele hona ho nolofaletsa boemo ba bona hore ba kene ha bobebe Polihali. ‘Me ke 3, 000 kaofela ea batho ba Mokhotlong in particular ba ileng ba fuoa litaba tseno, haholo ba Mapholaneng le Malingoaneng.

 Ene ele hore ba tle ba kene habobebe ka mono. Leha re se re ntse re ba file hakaalo 3, 000 eno ua tseba ba ntse ba qhoshela ba hlahang ka tlase? Ke ho re ba ka tloha ba koala tsela mono ba bolela hore le bona literaka tseno ba ka li khanna, joalo-joalo.

Empa ke tlatsa taba ena ea hau haholo, ‘Me’, ‘me ke re, Mohlomphehi oa ka, kannete mafapha ana a ikarabellang NMDS le batho ba na ba TVET ba Education mane ekare litaba tsena ba ka li utloa ele hore re bone hore na re ba thusa joang. Kea tlatsa, Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT: Litho tse Khabane, mongá Motion le Motlatsi oa hae ke utloa ekare ba lihile lithaba litabeng tsena, joale ke etselitse Bahlomphehi Matona a mabeli mona, Letona la Thuto le Letona la Finance and Development Planning, hore kannete takatso ea rona ke hore ha ho etsoa Motions tsa mofuta ona ba be teng ka mona. Joale ba mpolella hore ba ne ba se leseling la hore ho na le taba ea mofuta o tjena. Empa ke fumane hore Ofisi ea haeso e ne e ba ngolletse, e ka nna eaba litaba tsena li felletse ka liofising feela ha li ea feta, hobane ho ne ho ngolletsoe Bangoli ba Baholo. E ka nna eaba Bangoli ba Baholo ba li behile litaba tsena ha ba ea li fetisetsa ho Bahlomphehi Matona.

Ke ee ke re boithuto boo ke bileng le bona ha ke ntse ke sebetsa ka hare ho ‘Muso ka mona ke hore li-file le correspondence ha li fihla litafoleng tsa Bahlanka li chesa haholo e ka ‘na eaba li tla ba chesa matsoho ba ea li tlohella li fole.

Ka nako e ‘ngoe li fola khoeli, tse ling li fola likhoeli tse peli, ke mokhoa ona litaba tsa bosebelletsi li liehang.

Motion Proposed on Elevation of Vocational Training:

That the Honourable Senate exhorts the Government of Lesotho through the Ministry of Education and Training and the Ministry of Finance and Development Planning with the aid of the Manpower Development Secretariat to consider putting more effort into elevating Vocational Training as one of the pillars of Lesotho’s educational system.

This paradigm shift would result in the following:

  • Graduates who are job creators and not job seekers.
  • More opportunities for job creation through acquired skills
  • Creation of micro industries that would spur economic growth and;
  • Export of skilled labour that would contribute to the economy through remittances.

MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa ka oa Melele.

HON. SENATOR M. T. MAKHAOLA: Ke hlomphe Tafole ea hau ea Bahlomphehi kalaneng moo. Ke re, Mohlomphehi, kannete Tlhahiso ena e ntle haholo ha e hlaha ka ‘Me’. Tlhahiso ke taba thuto, thuto ke mokokotlo joale ‘Me’ ke Mbogotho. E leng hore o entse mosebetsi oa hae,  oa mo lokela kaha ho tloha malapeng tlase mane thuto e qala ka bo -‘Me’, ke bona ba e fanang. Ele hore ke bona beng ba thuto, ke bona beng ba mokokotlo oa lichaba tsohle lefatšeng.

Joale ke re, Mohlomphehi, ho hlakile hore ha ele mona Me’ thuto a  hlokometse hore e hloka kannete ho shebisisoa moo eleng hore le Ntate Motlatsi mona u mo tlatsitse hore thuto e hloka chebisiso –  ho shebisisoa, ho hlakile hore thuto e hloka reform; ke le leng la Makala ao re hlokang ho a etsa reform.

Pele ke ea halelele, Mohlomphehi, ke ne ke re Bahlomphehi ba ne ba amehang litabeng tsena tsa tlhahiso ea Mohlomphehi ‘Me’, u ba romelle Hansard ea kajeno ba tle ba tsebe hore joale ba tle ba arabe hore na ba setse litaba tseo morao kapa ba tl’o itatela, Mohlomphehi?

Joale ke re haeba re hloka reform kapa ka Sesotho Tlhopho-Bocha litabeng tsa thuto, ehlile ho hlakile ka litaba tse  seng li tekuoe ke mongá Tlhahiso le Motlatsi oa hae.

Hantle-ntle, ‘Me’ Mohlomphehi, batho bohle Ntate Molimo o ba entse hore ba tsoaloe ba na le skills. Motho e mong le e mong o tsoaloa a na le neo, joale khang ke hore na o thusoa joang hore neo eno eo a nang le eona e fihle e oele mathomong a tla mo thusa hore e ntlafale. Ke utloile u ntse u re ba bang ke Masholu, ekaba ke lineo tsa bona. Ba bang ke Masholu ba etsa eng le eng ekaba ke lineo tsa bona, feela eseng hore li ntlafatsoe li lokisoe hore li se ke tsa ba mpe empa tse ling li re thusa ho ntlafala re le Sechaba.

Motho e mong le e mong o tsoaloa kannete ka lineo. Lineo li mefuta e mengata; ke bohlola, ke bosholu. Boloi ke neo. Kannete, Mohlomphehi, motho ha a loea ke neo eo a nang le eona. Hantle boloi ke lentsoe feela leo empa feela ekang ke tlhapa. Ke ho re ke molotsana, lemenemene. Joale re ka mo thusa hore haeba ho entsoe reform Lefapha la rona la thuto hore le ntlafale joale le tle le tsebe hore le ithute lineo tsa batho ka ho fapana, joale ba fuoe line tsa bona tsa thuto. Joale ba tle ba tsebe hore lithuteho tseno tsa bona li tle li re tsoele molemo re le naha, re le Sechaba.

Mohlala, hona tjena ho na le Mafapha a ka kenellang litabeng tsa Thuto. Lefapha la Sepoelsa le ka kenella; re ka ba le Matichere a Mapolesa ka mane ka likolong, a rutang litaba tsa litsebo tsa Molao, empa eseng tsebo ea Molao hakaalo empa boipoleso. Lepolesa la haeso le tla nthusa mona ho toloka hore na hana Mapolesa mosebetsi oa ‘ona ke ofeng? Ke poloko ea khotso. Ho na le Lefapha la Tširelletso lane la ka Mabothong ka mane. Re ne re tšoanetse hore re na le Matichere Lefapheng la Tširelletso, Masole ka mono ebe a teng likolong mane ho thusa litabeng tsa patriotism, ho thusa litabeng tsa ho hlaba patsana ke mafapha a etsang mosebetsi o tšoanang.

Mafapha a mangata a teng a Bosebelletsi ba Sechaba a neng a lokela hore ebe a teng likolong mane, (Akere re ntse re le ‘moho, Mohlomphehi, kaha Tlhahiso ena ea hau e bohlokoa haholo?) joale re tle re tsebe hore re tle re be Sechaba seo e reng –  hona tjena Basotho joalo ka ha re re motho e mong le e mong o tsoaloa a na le neo, li ngata lineo tseo re li bonang bathong, feela li felella feela ba be ba ikele ba na le lineo.Feela ka hobane ha hona motho ea li elang hloko kapa naha ka bo  – re le naha, re le sechaba kapa ‘Muso.Ke ee ke utloe ho thoe ‘Muso hantle ke Sechaba.

‘Me’ u entse karolo ea hae ele karolo ea Sechaba hore a sisinye hore kannete ha re ntlafatseng –  a be a tlatsoa ke Mohlomphehi, hore ha re ntlafatseng Reform re tsosolose kapa re etse Tlhopho-Bocha Lekaleng la Thuto hore re tle re tsebe ho bona skills tseo batho ba tsoaloang le tsona.Hore ebe ba se ba li tseba joale ka mangolo, ese ele hobane li ntlafalitsoe, eseng hobane ba li rutuoe. U ke ke ua ruta motho ntho eo a senang eona eaba u nahana o tla e tseba. Motho e mong le e mong o ruteha ntho eo a e tsebang. Ea buang haholo e tla ba Akhente ka mane kapa o tla bina kapa o tla etsa lintho tse amanang le skill kapa neo kapa talenta eo a tsoalaong le eona.

Mohlomphehi, kannete Tlhahiso ea hau ke e tšehetsa le ho e tlatsa ka hore Tlhopho-Bocha ea Lekala la Thuto, ke eno e buueng boholo ke Motlatsi oa hau. Joale ha re ka ra etsa Reform Lefapha le joalo, kannete tsohle li tla re tsoela molemo. Ha ke chulo joalo ke entse support Tlhahiso ena ea hau, Mohlomphehi.

 Likhomo tseo tsa Matebele!

MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Anna Bereng.

HON. N. A. BERENG: Kea leboha, Ntate Vice President. Ke hlomphe Tafole ea hau, ke hlomphe le Bahlomphehi, ke le hlomphe le lona ba sefalaneng moo.

Ke thabile haholo, ‘Me,’ kannete kea u leboha le uena Motlatsi oa hae, kea leboha.

 Taba ena ea Thuto e ne e ntjele haholo hore na ka hare ho naha ena ea Lesotho batho ba tla ruteha, ha ba qeta ho ruteha ebe ha ba fumane mosebetsi na. Kea e utloa eno, empa ea hore ba ee linaheng tse ling, bohlale ba bona bo ee linaheng tse ling ebe ka hare ho naha ea Lesotho ha re bone ho etsahala letho! Kannete kopo ea ka ke hore Thuto e ke e shejoe ka leihlo le nchocho. Kannete ho ke ho bonoe hore e ea matlafatsoa.

 Kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Rea , Morena   oa Rothe. Morena oa ka oa Mokhotlong.

HON. SENATOR L. M. SEEISO: Kea leboha, Ntate Vice President.

 Ke qhololitsoe ke litaba tsena tsa Ntate Lebese ka utloa a re batho ba Mokhotlong joang kapa joang. ‘Me kannete leha ke sa etsa support Motion ona haholo, feela hobane ehlile li TVET tsena li hlokahala haeso koana haholo, u tla fumana hore batho ba no ba haeso ke batho ba imathelang Natala koana ba ithute mosebetsi, ‘me ere ha ba fihla hae mono ka hore ebe ha ba na mangolo ebe ha ba hiroe.

‘Me ehlile re thabela taba ena ea hore ‘Muso o ile oa fihla oa etsa Certificates tseno kapa mangolo ano, hobane pele ho Mangolo ano ba ne ba haneloa ho hiroa mosebetsing. Joale oa utloisisa ehlile re tla hanela bana ba Maseru, hobane bona ba haufi le mangolo, hape bona ho thoe ba nyolohe ba tl’o etsa mosebetsi ona oo re ntseng re tseba ho o etsa, hobane feela rona re sena mangolo.

Taba eo ehlileng re e tsekang kannete ka hae ka mono, Ntate oa ka ke hore re bona eka morero ono ha o felile e tla be ele rona ba setseng le tlala le metsi a mangata  feela, lichelete li ile Maseru koana. Joalo ka ha li ea Maseru mehla ena; limmaene li Mokhotlong  lintho tsohle li etsoa Maseru. Ha hona le lintho tse etsoang ha bo rona moruo o tlosoa teng.

Kannete ke etsa support Motion ona hore o be teng, ‘me ke kopela TVET ena kapa ba ‘Muso ba shebe hore e etsoa Mokhotlong. Re ke re bone le rona hore na hantle ho na le lintho tseo ‘Muso o re nahanelang tsona hore ba re etsetse tsona.

Empa ka mantsoe ana kannete taba ena kea e tlatsa eona, kaha ehlile bana ba bangata hoo ka hae ka mane, bao eseng batho ba li University. Ntate Lebese o e behile ka mokhoa o bohlale, empa ‘na ke tla re bao eseng batho ba li –University. Joale haeba mosbetsi oa matsoho ho bona mono ba ka khona hore ba ithute oona‘me ba fumane Certificates tseno, ke nahana ka hare ho naha ea Lesotho re ne re ka tsoela-pele haholo, hobane ehlile ba ne ba tla iketsetsa.

Le taba ena eo Ntate Monatsi a e buileng ea masimo, ea ho lema, re shebela temo fatše, ha ke tsebe hore na ke hoban’eng! Ehlile oa bolela ha a re batho ba Polihali ba tlile ba re na ha re ka lema ho etsahala eng, ho ka etsahala eng.

‘Me kannete temo ea rona e mangoleng, ehlile rea hana. ‘Me ntho eo u e bonang ke hobane le sekolong mona temo e shebeloa fatše. Ke hore ha ho na thoe ha u kene sekolo mono u bontše hore ka hoba Sehoai u ka fumana u khanna helicopter tsena tseo bashana ba na  ba Maburu ba li khannang hobane ele Lihoai.

E leng hore motho ha a utloisisa hore o batla hore a tsoele-pele, o siea Temo morao o etsa bo Akhente, mohlomong. Empa re shebela Temo fatše, ‘me ehlile likolo tsena tsa TVET ne ke tla re mosebetsi oa temo o qale ho bona, ho re chelete e teng hona mona moo re leng teng’ re seke ra re re tlameha ho ea kae-kae.

Ka litaba tseo kannete ke tlatsa Tlhahiso ena haholo hore e etsahale, ‘me ke re e etsahale Mokhotlong.

 Kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa ka oa Matšekha.

HON. SENATOR R. P. L. PEETE: Ntate Vice President, kannete, Ntate, ke ne ke re monyetla ona oo u re fang oona ha se oo motho a ka o tlohelang. Ha re bua re le Lichaba tsa linaha, re re temo ke mokokotlo le thuto ke mokokotlo. Thuto joalo ka temo ke mokokotlo oa moruo oa naha e ‘ngoe le e ‘ngoe, hobane Thuto e u fa hore haeba bophelong u ka hloleha, thuto e tle ebe fall back, e tle ebe moo u tsebang hore mona nka itšetleha thutong ena eo ke tsoang ho eona, ele hore o tle o se ke oa ba motho ea sitoang ho beha bohobe tafoleng molemong oa bophelo ba lelapa la hao letsatsi le  letsatsi.

E leng hore ka lebaka lena, Ntate, ka tsela efe kapa efe re le Sechaba sa mengoaheng ea joale, re hloka Thuto. ‘Me Thuto ena –  ke mametse mongá Motion hantle ha a bolela hore Thuto ha ea tlameha ebe ntho eo re e behang mane feela re fihla re etsa spend, re senyeheloa re isa bana ba rona sekolong ho ea ba ntlafatsa, ebe ka morao ho mono ebe thuto eba white elephant, ha e re sebelletse letho ha e na thuso, bana ba rona ba ntse ba tsuba matekoane mona, joale ebe re lahlehetsoe.

Ke re, Ntate, ha ke aka le ho ananela Motion ona oa Mohlomphehi Kanetsi, ke rata hore ke bontše hore eena ka kotloloho o bua ka Vocational Training. (Ha ke tsebe haeba Vocational-Training e kenyellelitse le Temo, ‘Me’, empa ke bona u oma ka hlooho u re ehlile ho joalo) ‘me,Ntate Vice-President, ua tseba hona le batho bao ke ba tsebang ba ileng ba ikopanya ba lema sebaka se seholo haholo eaba ba hlahisa litholoana, ba etsa mangangajane?

 Liperekisi tsena tsa batho ba na ha li rekoe hobane ho thoe ha li ea etsoa assess! Ke ho re ha li ea ea laboratory ho ea etsoa assess hore na li nepahetse hore li ka jeoa ke batho bana ba Lesotho.

Rather than re le naha ea Lesotho ebe re il’o reka mangangajane a ntseng a entsoe ke batho ba ntseng ba tšoana le rona tjena, ba South Africa kapa ba linaha tse ling, ke re u tl’u utloe, ‘Me’ Kanetsi, hore na rona re le naha ea Lesotho na re hulela Sechaba sa rona fatše hakae. Ua utloa batho ha ba se ba entse khato ea hore ba ikopanye, ho tšelloe lifate ho tloha ha li le ‘nyane, li hole ebe lifate, li hlahise litholoana, ere ha u hlahisitse litholoana batho ba entse mangangajane ebe ha hona moo ba a rekisang!

Moo ba ka a rekisang ekaba mona seterateng moo re ntseng re a reka. Moo ke ee ke bone, Bahlomphehi ba ka, le lona le nts’oabisa teng, Doctor, kaha ke ee ke bone le feta feela le sa reke mangangajane a ban  rona mono ha ba ntse ba rekisa. Batho ba na re lokela hore re ba tšehetse, hobane ha hona nq’a e ‘ngoe moo ba ka balehelang teng. The only place eo ba ka eang ho eona, ke hona ho ea rekisa mono seterateng, hobane re hanne ho lintho tsa bona ha li ea etsoa quality assess, haeba ke nepa mantsoe.

Empa ke re ha ke tlatsa Setho se Khabane ho lokela hore re kenyelletse le temo hona manane thutong mono, re be re khothalletse le ‘Muso oa rona hore mona moo re seng re lekile teng, lijo tsa rona li rekoe. Shoprite ha e reke moroho o tsoang ho Mosali oa Mosotho feela kapa Monna oa Mosotho; spinach se tsoang ho Nkhono ‘Malesaoana seo a se lemmeng ka lekhoakhoeng la hae ka mane ha se rekoe mona Shoprite. Ha e reke moroho  o tsoang ho monna kapa mosali oa Mosotho!  Spinach se tsoang ho Nkhono ‘Malesaoana mane, seo a se lemmeng ka lekhoakhoeng la hae ka mane, ha se rekoe mona Shoprite.  E leng ho re Shoprite eona ena ea Lesotho, ha e ts’ehetse Basotho, e ts’ehetsa batho ba lemmeng ba tsoang ka koa, eseng kahare ho naha ea Lesotho.

Ke hopola hantle ka nako e ‘ngoe ho na le motho e mong eo ke mo tsebang, leha e ne e le motho eo ekang o likhathatso tjena, oa Mokhotlong koana – hana ho n’o thoe ke mang, banna! O ile a ba a theha party ea hae tjena, e ntse e le moshanyana tjena, a sokolisang tjena.  O ile a ka a etsa…e ile eaba Letona mothaka eno…(LITS’EHO)…Ke lebala lebitso la hae.  O ile a ka a etsa taba e ‘ngoe ea hore a re –  kapa o ne a itse mahe[tamati] a se ke a kena a tsoang kantle, ho se ke hoa kena nama? Ke ho re linthonyana tse joalo.

 Batho ba bangata, ba Basotho le ba li-business tse kholo ba ne ba lla, ba re, ‘motho eo joale re tla reka mahe kae, re tla reka lebese kae’?  Feela ntho eno, eo motho eno a neng a e etsa, e ne e le ntho e ntle haholo.  Rona re tsebe ho ithuela likhomo tsa rona tsa lebese.  Re tsebe ho rekisa lebese hona Lesotho mona.

Ua tseba, ‘M’e Kanetsi Mohlomphehi oa ka,  ke  ntse ke re ke rata hore ke bue ka matla litabeng tsa thuto ea temo.  Lesotho mona ho iIe hoa ba le nako e ‘ngoe ea hore likolo li iphepe, ‘me likolo ha li iphepa, li reka lebese ho bahlahisi ba teng kahare ho tikoloho eno, eo sekolo se leng teng kahare ho eona – mahe, joalo-joalo, lintho tseno tse joalo,  ua tseba hore re sitoa hore re hlahise lebese?  Re sitoa hore re hlahise lebese, sekolo se be se eme tlekelele! Joale se sa tsebe hore na se etsa joang, ho filoe rona Basotho monyetla, hobane ha re nahane ho re ha u na le khomo u e fepile hantle, e matlafetse hantle, e ka hlahisa lebese le hlokoang ke sekolo. Eaba u khona hore u tsoe bofumeng ka lebaka la ho iketsetsa feela ka matsoho!

Ke ntse ke tla hona tabeng eane, ea Mohlomphehi Setho se Khabane mong’a Tlhahiso, ea hore haeba ho ka ba le Vocational Training likolong tsa rona, bana ba rona ba ka ik’hira ka bo bona, ba ba ba hira le ba bang.

Ke ne ke re, Ntate Vice-President, haeba mora oa hau a hlahisa lebese, o tla tla tlameha hore ha khoebo eo ea hae e holile, a be le motho ea hlokomelang liphoofolo tseno,  o tla tlameha hore a be le motho ea mo thusang ho hama.  Motho eno, ea tl’o mo thusa ho hama, o tla lokela hore a mo lefe.  E leng ho re  motho eno ea tla mo thusa ho hama mono o tla ba le mokhoa oa hore a behe bohobe tafoleng letsatsi le le letsatsi for bana ba hae, hore ba be le lijo. 

Haeba motho a hlahisa moroho, ha khoebo eno ea hae ea ho hlahisa moroho e hola, o tla lokela hore a be le batho ba mo thusang ho ts’ella. O tla lokela hore a be le batho ba mo thusang ho ea lula mane, ho rekisa moroho ha eena a ntse a lema ho tsoela pele.  Batho bano ba mo thusang, ba tla lokela hore ba lefshoe, ‘me batho bano haeba ba tla lefshoa, sena se bolela hore ba tla ba le mokhoa oa hore ba behe bohobe tafoleng.

Ke rata ho tla hape litabeng tsa thuto ea Wood Work.  Na  lea bona, bo-Ntate Bahlomphehi Litho tse Khabane, Morena oa ka oa Lioli, Lesotho kapa LNDC e ne e entse mokhoa o motle haholo oa ho anetsa,  e le mokhoa o motle haholo oa ho atametsa lits’ebeletso le infrastructure ho batho?

Joale feela ke bona eka e ea oa.  Lebaka motho u ipotsa hore na ke hoban’eng.  Ebe batho baa ba rona ha ba hlahisitse, ha ho na moo ba rekisang teng?  Pelaelo ea ka ke eona eno.  Pelaelo ke hore, na ebe batho baa ba rona ha ba hlahisitse bethe e entsoeng feela ka lepolanka, ka thupa, ebe batho baa ha ba e hlahisitse ha ho na moo ba ka rekisang? 

 Ke hobane rona re ts’ehetsa likhoebo tsa balichaba, tsa Makhooa.  Lewis le Ellerines le eng kaofela, you name them, ba tla ka stock ho tsoa koana moo ba tsoang teng, hase likhoebo tseo motheo oa tsona o leng mona Lesotho.  Hoa bona ho tla Lesotho mona feela ke ho tla re hama chelete.  Basotho bane ba ntseng ba hlahisa ka mane ka BEDCO, ha ho na moo ba rekisang teng; li tla palamana ka mono libethe ba li entse, ho se na moo ba li rekisang teng.  Qetellong ba be ba qetelle ba li nts’a ka price ea ho li lahla feela, hobane ho se na moo ba ka rekisang teng, ho se na melao e reng, lona banna, bahoebi ba baholo ba Lesotho, lona Lewis, Ellerines, what not and what have you, etsang hore le ts’ehetse bahoebi bana ba rona ba mona Lesotho.

Rea e feta eno.  Re se re pharalletse ka litaba tsa thuto, hobane thuto ke khoebo.  Ha u ea haeno mane, Morena oa ka oa Mokhotlong Morena Tholo le Morena Qeto, literaka tse fetang mane lelibohong Ficksburg le Butha-Buthe ke tsa Khauteng tse laeshileng lits’epehali tse kholo mono, tse laeshileng material, tse pataloang lichelete, feela Basotho ba na le literaka.  Le hona Mokhotlong mono, Ntate, li eme. Joale re re Basotho bona ba hole joang, hobane ha re ntse re bua ka thuto, re ntse re bua ka moruo oa naha?

  Basotho bao ba rutiloeng ka likhoebo tseo tsa hore ba its’ematlele, joale eba motho o kene sekolotong, o rekile teraka, eba joale teraka ke ee e eme moo, na rea bona hore Mosotho eo o tl’o tla a etsetsoa re-possess terakanyana eo ea tla be a e rekile, a ba ‘na sale a ntse a le sekolotong, nq’e ‘ngoe a ba qosoe, nq’e ‘ngoe a ba fumanoe a le molato, a be a ee toronkong?

Ke hobane rona re le naha feela re sa ts’ehetse sechaba sa rona.

Haeba mong’a Tlhahiso ena, o re ho ts’ehetsoe bacha, ka hore ba rutoe lithuto tsa matsoho, lithuto tsa hore ba tsebe ho iketsetsa, ha re ts’ehetseng Basotho bana haeba ba entse Welding, ha ba entse Boiler-Making, ha re bone Basotho ba hiroa ka mono, Morena oa ka oa Mokhotlong.

Haeba sechaba sa Mokhotlong se ile sa ba leqe, kapa mohlomong sa ba lenama, kapa mohlomong sa se ke sa ba le palo e lekaneng ea batho ba entseng Boiler-Making, Morena Qeto, se ka hanang sechaba sena sa Maseru ha se ea le sona, se il’o kopa ka mona ho re, ‘oele kannete, re na le Boiler-Making, rea e tseba’! Sechaba sena ke sa Motlotlehi kaofela, Marena a ka, oele! Mohau oa lona o hokae’?  Basotho haeba ba na le litsebo, ba lokolleng ba kene, se k’a reng ho kene…

MR. VICE-PRESIDENT: Potso ka Honourable Senator Monatsi.

 Feta, e ea setulonng sa hau.

U ka botsa he, Mohlomphehi.

HON. SENATOR S.H. MONATSI: Ka uena, Ntate Vice-President, ke u lebohe, Ntate.  Ke mpe ke re ho Morena oa  Mats’ekha, ea ntseng a bua hantle, na a ka r’eng ka litaba tsena tsa hore batho bana ba Mokhotlong, ba Metsi a Lihlaba, bao ke hanneng le ho saena ha ho nts’o thoe ho uoa leetong mona le bona, ke re nke ke be ka palama le bona ho hang, nka itihela lilomong tsa Metsi a Lihlaba,  ke re, Ntate, ha ba ne ba le mane ho batho ba Mokhotlong ka pele ho Morena Tholo le Morena Qeto le ‘na ke le teng, ba re, ho rekoe likoloi, ho ahoe matlo, mosebetsi ke oo, hona joale Machina ano a nkile batho, a ba pakile kae-kae koana, matlo a batho ba Mokhotlong mono, a malaene a setse e le mahaha, u ka koalla lipoli.

Lits’ats’abele tsane tse neng li kolotoa Makuleng mona li eme mono, ha li sebetse.  Ke re, na a ka r’eng ka litaba tseno tsa hore joale batho ba Mokhotlong, chelete eane, eo ba neng ba e entse ka linku, ea boea ke eno joale ba entse lintho-ntho, joale Metsi a Lihlaba ha a sa ba thusa ka letho, Morena oa ka?

 U nts’u bua hantle, Ntate.  Na u ka r’eng ka taba ena?

HON. SENATOR R.P.L. PEETE:  Ntate Vice-President, Potso ena ea Mohlomphehi Setho se Khabane ua tseba ke potso e fahlollang!  Ha e le hantle-ntle, ke utloa eka hase le ho mpotsa hakaalo-kaalo, ke ho nkhaha, ho mpha lintlha litabeng tsena tseo ke ntseng ke bua ka tsona, ke ntse ke tlatsa Setho se Khabane mong’a Tlhahiso.

Ha mong’a Tlhahiso a bolela hore ho lokela hore sechaba sa rona se fuoe thuto ea ho etsa Brick-Laying, eba batho bane ba Mokhotlong mane, ho fihloa ho nkoa batho joaloka ha doctor a boletse hore ho n’o nkiloe lenane le lekae, la batho ba ileng ba rutoa-rutoa ho etsa mesebetsi ea matsoho, ba tle ba tsebe ho its’ematlela, ba tle ba tsebe ho sebetsa, eba batho bano karolo ea bona e ntse e ahile malaene mono, ke lits’enyehelo tse makatsang ntho eno,  hore ebe motho o tsoa tseleleng ea hae, o nka chelete eohle eo a nang le eona, ea boea ba hae boo a neng a bo rekisitse selemong seno, o haha malaene ka eona, joale e re ha a qeta ho aha malaene, Morena oa ka oa Lioli, ebe e le hore batho bana ha ba ts’ehetse motho enoa.  Kannete ke ho nonyetsa moruo ka tsela e khethehileng. 

Ke mokhoa ona joale ntho eno e tla re tlisetsa boemo bane, Morena oa ka Morena Qeto, ba sechaba se tla tla se etsa litoi-toi hape.  Ha re khothaletse maemo a joalo ho hang, feela ho qoba maemo ano a joalo, re lokela hore the local communit, e bonoe e ts’ehetsoa.

Ho bonahetse sechaba se lla ka Metsi a Lihlaba, eka ha ba sebetse hantle le sechaba.  Ke ka makhetlo sechaba se etsa litoi-toi mono kannete, bo-Ntate, se bonts’a hore Metsi a Lihlaba ha ba sebetse hantle sechaba. 

Ho na le nako, eo ho ileng hoa ka hoa etsoa litsela le matlaoana, hoa angoa masimo le majarete a batho.  Ke struggle se ts’abehang hore Project eno e patale, e khutlisetse batho, ‘me e se eka ‘Muso o ka ba utloa.  Mebuso eane e neng e ntse e tla pele, e ne e sa utloe ho hang, e se e se na litsebe. 

Morena oa ka oa Thaba-Bosiu o ne a ee a bue a re, ho bua le mebuso eno ea ka nako eno, ona o qetang ho feta le oane o fihlileng pele ho ona… (Mohlomphehi, hase hore ke re u n’o le ho oona ono, empa ke re  eane e meng e fetileng pele, Ntate Vice-President) e ne e hana ho utloa. Ntate Khoabane o ne a ee a bue mona a re, ekare ha u bua le mebuso eno, ekare u nts’o bua le  lejoe, mphe bohobe. E ne e sa utloe ho hang!  Ona oa hona joale ke nahana hore mohlomong o tla ke o utloe. 

‘M’e Kanetsi, re na le ts’epo ea hore mohlomong e tla ke e re ha re etsa litlhahiso tjena, ba ke ba utloe.  Ha u bua ka Vocational Training, hore bana ba rona ba rutoe, eseng lithuto tsena tsa mahlale feela, hobane ha li na thuso, likolo lia fokola, ebile lithutong tseno ha ho na moo re sebetsang…

HON. SENATOR S.S. NKUEBE:  Potso, Mohlomphehi.

 Kea leboha, Mohlomphehi Vice-President.

 Ke utloa kannete, Mohlomphehi, Morena oa ka oa Mats’ekheng a ts’ets’etha litaba tsa hae hantle…

MR. VICE-PRESIDENT:  Aebo! Morena oa ka, aek’hona! E ea moo u lulang teng.

 Tsoela pele he, Morena oa ka.

HON. SEANTOR S.S. NKUEBE:  Kea leboha, Ntate Vice-President, leha u nkhutlisitse moo ke neng ke lutse, u ntlositse moo ke neng ke lutse, ke chakile hamonate.  Feela he, potso ea ka ke ena, Mohlomphehi, ke hore na litaba tsena tsa Morena oa ka oa Mats’ekha ha li le monate hakana-kana, ebile a li beha hantle, a tlatsa Tlhahiso ena ea Setho se Khabane, ke hore na e fela Tlhahiso ena e tla fihla litsebeng tse utloang! Ha ke bone Bahlomphehi bao e leng ho re ke Matona, bao ke hopolang eka ba arolelana mosebetsi ha ba le Cabinet, horeha ba ke be ba iponahatse ka mona, ntle le haeba ba qobelletsoe ke ho tla araba Lipotso ? 

Kea leboha leboha.

HON. SENATOR R.P.L. PEETE:  Ache! Ena e batla e le thatanyana, hobane ua tseba, Ntate Vice-President, Setho se Khabane Morena oa ka oa Quthing o botsa hantle, hobane hore motho u mo ts’epe, u ‘oma ka metsamao ea hae. Hore  re ts’epe hore ‘Muso ona o tla etsa se fapaneng le mebuso e fetileng, re lokela re bone phapano, kapa re bone mokhoa o fapaneng oa ts’ebetso, haholo-holo ha ho atameloa Ntlo ena e Khabane, hobane Ntlo ena e Khabane ke Ntlo e Kholo hoo tebello e neng e le hore Litho tse Khabane tsa Ntlo ena tseo e leng Matona, ba n’o k’o ba tle.

 Joaloka ha u s’u bonts’itse uena, Ntate Vice-President, hore ka nako e ‘ngoe ha ho etsoa litlhahiso, e ka ba hantle hore Letona leno le angoang ke Tlhahiso eno e joalo a ke a mame-mamele feela leha ekaba ke nako e nyenyane, feela a ke a utloe hore na mong’a tlhahiso hantle-ntle moo a hahamallang teng ke hokae.  Joale they really never show up, ekare ha ba na thahasello, ekare ba tla feela hore ba re phoqe-phoqe feela, re tsebe ho bona eka re ntse re ba bona, ‘me taba eno e bolutu haholo, Morena oa ka oa mose ho Seaka, hobane Matona ke barumuoa ba sechaba. Sechaba, Ntlo ena e Khabane ea Mahosana, ba e behile leihlo haholo, Ntate Vice-President, ka linako tsohle.  Ba tseba hore ka mona ke ka moo ts’epo ea bona e leng teng e kholo.

Kehobane rea tseba hore bapolotiki ba sebetsa ba ipapisitse le li-policy tsa liphathi tsa bona, ‘me ka mona ka Ntlong ena e Khabane, ha re sebetse re ipapisitse le policy ea phathi, re sebetsa re ipapisitse le Puo eane eo Motlotlehi a ileng a e bua ha a le Teroneng, a re ‘Muso oa ka o tla etsa 1 le 2 le 3, ‘me rona re aka Puo eno ea Motlotlehi, ha rea ikamahanya le policy ea phathi e itseng.

Joale  haeba ba na ba ka ikeletsa hore ba tle ka Ntlong ena e Khabane, ntho eno e ne e tla ba thusa haholo hore ba utloisise hantle hore na Ntlo ena e Khabane e ntse e r’eng. 

Ke mokhoa ona, u tla fumana hore ka nako e ‘ngoe ha re hanana le bona, ka linako tse ling ba re re iphetola opposition, hobane ba be ba sa tsebe hantle hore na puo eo ebang rea e bua, kapa khang ea rona e kolla hokae.

Empa ke ne ke re, re ba fe  ‘the benefit of the doubt’, Morena oa ka oa mose ho Seaka. Ha re ts’epe hore ha re ntse re etsa Lipuo tse kang ena, Ntate Vice-President a ntse a bua joalo, hore o etsa boipiletso hore ba tle, ha re ts’epe hore ba tla tla, hobane bona e sa ntsane e le a young government.  Ha re lumele hore ba tla fetoha, ‘me mona moo ba seng ba le teng ho fihlela hajoale, ke bone sefofane se ntse se fofa kantle ka mona, e ka ‘na eaba se loants’a litloko-tsebe.  Ke bone se feta le haeno koana, ke bone se feta le haeno Quthing, ke feta ke itsoela moo ke itsoelang.

 E leng ho re ke bona eka ba leka kannete, ba leka, le haeba ha ba s’o fihle hore ba hle ba re, qii, feela ba fapane hole le mefuta eane ea pele.

Kea tlatsa.

MR. VICE-PRESIDENT:  Ha ke le koale hore le tsoelepele, Litho tse Khabane, ka hore le bue.  Ke ntse ke tl’o le fa monyetla ba nang le thahasello hore re ‘ne re tsoelepele re bue.  Ke ne ke mpa ke re feela ke fetise tsebisonyana ea bohlokoa mona, eo ke qetang ho e hlokomelisoa ke Tafole hore le kajeno IEC e ntse e le teng ka mane ka Library, sebakeng sa batho bao e leng hore ha ba ka ba  khona hore ba il’o ingolisa.  Re ne re re, re le tsebise hore IEC e se e le teng ka mane ka Library.  Le lona mono ho la Gallery lea amoheleha ho ea ka mane ka IEC, le il’o kena ka sesiung se secha sa IEC.

Ke bona eka ekare le se le entse exhaust maikutlo a lona, Litho tse Khabane.  Ke tl’o tla ke fa Honourable Kanetsi…

Kea leboha, Litho tse Khabane, ke fumana boeletsi ba Tafole mona, boo ke utloang eka bo bohlokoa, kahoo ke ts’oanela hore ke bo nke, hore ke lumellana le lona, Litho tse Khabane, le eona Tafole hore Motion ona o moholo haholo, re lokela hore mohlomong…boeletsi boo ke neng ke bo fumana e ne e le ba hore re se ke ra o koala hona joale, re tle mpe re fe Litho tse ling monyetla hore li tl’o tla li kenya letsoho ho oona hape-hape hosane, ‘me ke utloa eka ke tlameha ho amohela boeletsi bono.

Feela he, ke ne ke re pele re phethela kajeno, ke mpe ke re kannete ke mametse Litho tse Khabane.  Ena ea Bahlomphehi Matona le buile ka eona; e builoe ke Morena oa ka oa Liphakoe le Morena oa ka oa Mats’ekha.  Ke ne ke re tsela eo ho raliloeng mosebetsi ka eona hona joale tjena, ea hore Ntlo ena e Khabane ea Senate e kena hoseng, joale ea National Assembly e kena ka morao ho tinare, e entse hore ho be bobebe hore Bahlomphehi Matona ba be teng ka mona, ba be ba be teng le ka mane ka morao ho tinare.

Rea tseba hore mosebetsi oa bona o mongata, feela he it is very important hore ba ke ba be le nako ka mona, ba be ba be le nako ka mane ka National Assembly.  Joale it is even much better because this time around, Matlo ana a mabeli a kopanela mona moahong oa khale.  Taba eno e bolela hore ba haufinyane haholo, ha ba tloha ka mona ba ea ka mane, leha ekare ha ba tloha ka mona ba ea lijong, ha ba na ho nka nako e telele haholo hore ba khutlele ka mane.

So, kannete e bohlokoa haholo.  It is possible, kea kholoa ke taba ea hore feela ba thusoe ka ho fuoa boeletsi hore taba eno e tle e phethahale.

Honourable Lebese, ke mametse litaba tsa hau.  Ke ne ke lumellana le Honourable Kanetsi hore ehlile Labour Market e bonahala e hana ho etsa absorb baithuti ba rona, ba hlahisoang ke eduation system ea rona.  Ke ne ke nahana hore ka nako e ‘ngoe motho u n’u ba le maikutlo a hore it is either the market is saturated or re ntse re etsa produce irrelevant products tse sa hlokoeng ke ‘maraka.  Hei, empa joale ke utloile litaba tseo u li buang, Ntate, e le litaba tse thata ka mokhoa o makatsang, tseo ke ileng ka utloa ebile li nts’osa, ha u hlile u bonts’a hore le education system ea rona e ts’oela bana.  Ke ne ke nahana hore ba ts’oeloa ke ‘maraka, feela ke fumana hore aek’hona, ha ba ts’oeloe ke ‘maraka feela le education system ea rona e ea ba ts’oela. 

So, u ka utloa  what  we are  producing for this nation!  Ke hore mochini onao re hlahisetsang leadership ea kamoso ea naha ena, ua utloa hore o dysfunctional.  Ke hore it is totally upside down.  Joale potso, ke hore na ke bo-mang ba tl’o re etella pele, ba tla be ba le upside down le bona.  Re se ntse re bona litholoana tsa hona joale tjena, tseo re bonang hore ha re ee pele as a country, leha ke utloile u hlalosa hore hantle-ntle litaba tsena li qalile ka free education primary system.  E itse ha e fihla e kopana le pele feela education system, eaba joale e ba mathata feela.

But, le li-product tse teng hona joale tjena tsa rona, tse seng li ntse li re sebeletsa Makaleng a ‘Muso mona, u buile ka hore they struggle to construct a sentence.  Ha ba bua Senyesemane mona, ba se ts’oela hamonate hona ho haesale, e re ba se ngole, u tla bona mehlolo.

So, e ea re bonts’a hore kannete the quality eo mochini ona o re hlahisetsang ea batho ba kamoso,  kannete ke e ts’osang haholo, e ke keng ea re isa kae-kapa kae.

Le Morena oa ka o buile ka taba ea thuto, Morena oa ka oa Mokhotlong.  Ae, system eno e ne ehlile e etsa discourage kapa directly or indirectly, ehlile e etsa discourage batho, hobane joale e hlahisa temo e le ntho e mpenyana, eo ho eang batho ba tsietsing, bao ho se nang ntho eo ba ka e etsang.

So, it is not surprising hore ebe ho joalo.  Ke mpa ke sa lumellane le uena Dr. Lebese Honourable Senator, moo u reng histori ha u utloe hore na hoban’eng e ntse e ts’ehetsoa ka lichelete.  Ke ho re u ka mpa ua re lipoletiki ha u utloe hore na li ntse li etsoa sponsor hoban’eng ke Manpower, becuase u fumane hore le kahar’a lipoletiki ka mona hase batho bano ba entseng lipoletiki ba dominant  empa ba dominant ke batho bao e leng ho re ho hang ha ba etsa lipoletiki. 

Ea History eona ka’nete, Setho se Khabane, we definitely need to know hore na re bo-mang and where do we come from, ho etsahala’ng ka rona.  Ha re qala re se re sa itsebe moo re tsoang hona teng, historically, definitely, re tla ea holimo le tlaase joaloka likhoho tse khaotsoeng lihlooho.  Like it is happening now.  It is because we do not know our history.  Most of the people ba ba le mathata ha ba qala ba sa tsebe.  History ke foundation e re thusang hore re tsebe na re tsoa hokae.

Ka Theology, Political Science, Pastoral Counselling ka’nete teng you are right, ke lumellana le uena.  Rwanda koana Ntate Kagane o se a itse ho se ke hoa ‘na hoa buloa likereke ha feela u se na lengolo, ha a lumele. Feela he, kea utloa hore na uena maikutlo a hau ke afe.

Ke kopa hore ke qetelle ka litaba tsa Mokhotlong mona tseo u buileng ka tsona.  Batho ba Mokhotlong ba ne ba ‘makatse haholo ha ke ile re e’o boloka mohats’a Honourable Monatsi.  Ke ne ke nahana hore b’a soasoa, empa ka fumana they mean business, ehlile they are serious, ba hlile ba re ba kopa tataiso ea hore na ba lokela ho latela mecha le methati efe hore Tlokoeng e be setereke sa leshome le motso o mong (11).  Joale ua bona hore ke batho ba mofuta oa bona?

Litho tse Khabane, ke ne ke re ke ile ka hlalosa hore re ananetse hore re se ke ra koala Tlhahiso ena, re tle re tsoele pele ka eona hosane.

Ka mantsoe ana, Ntlo e tla phomola ho fihlela hosane ka 10:30 hoseng.

ADJOURNEMENT

Thereupon, Mr. Vice-President adjourned the House without Question put, pursuant to the Standing Order No. 16(3).

The House was adjourned at 12:13 p.m.