KINGDOM OF LESOTHO
PARLIAMENTARY DEBATES
DAILY HANSARD
OFFICIAL REPORT OF THE SENATE
6th Meeting – First Session
Eleventh Parliament
Date: Thursday 5th September, 2024.
LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG
1.Hon. Seeiso B. Seeiso | Principal Chief of Matsieng |
2. Hon. Joel A. Motšoene | Principal Chief of Leribe |
3.Hon. Sempe Gabasheane Masupha | Principal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan |
4.Hon. Mamolapo M. Q Majara | Principal Chief of Ha Majara |
5.Hon. Tumane Matela | Principal Chief of Makhoakhoeng |
6.Hon. Moeketsi Moletsane II | Principal Chief of Taung |
7.Hon. Lerotholi Mathealira Seeiso | Principal Chief of Mokhotlong |
8. Hon. Lerotholi L. Seeiso | Principal Chief of Likhoele |
9. Hon. Theko D. Bereng | Principal Chief of Phamong |
10.Hon. Mojela T. Makhaola | Principal Chief of Qacha’s Nek |
11.Hon. Seeiso S. H. Nkuebe | Principal Chief of Quthing |
12.Hon. Nthupi A. Bereng | Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote |
13.Hon. K.L.K Khoabane | Principal Chief of Thaba-Bosiu |
14.Hon. Mitchel S. Maama | Principal Chief of Ha Maama |
15.Hon Moholobela M. Moholobela | Principal Chief of Matelile |
16.Hon. Bereng G. Seeiso Api | Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake |
17. Peete Lesaoana Peete | Principal Chief of Koeneng le Mapoteng |
18.Hon. ’Mako T.Mohale | Principal Chief of Tajane, Ha Moetsana le Ha Mohale |
19. Hon. Khoabane T. Mojela | Principal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso |
20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli | Principal Chief of Botha-Bothe |
21.Hon. Pontšo S. Mathealira | Principal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere |
22.Hon. Qeto Sekonyela | Principal Chief of Malingoaneng |
23.Hon.’Mawinnie Kanetsi | Senator |
24. Hon. Lebona Khoaele | Senator |
25. Hon. Thabiso Lebese | Senator |
26. Hon. ‘Maphakiso Lebona | Senator |
27. Hon. ’Mabataung Patricia Mokhathali | Senator |
28. Hon.Sehlooho HenryMonatsi | Senator |
29. Hon. ‘Makholu Moshoeshoe | Senator |
30. Hon. Neo Matjato Moteane | Senator |
31. Hon. Seabata Motsamai | Senator |
32. Hon.Richard Ramoeletsi | Senator |
33. Hon. Limpho Tau | Senator |
PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO
SENATE CHAMBER
Thursday 5th September 2024
(MADAME PRESIDENT in the Chair)
The House assembled at 10:30 a.m.
PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer
ANNOUNCEMENTS
MADAME PRESIDENT: Order, Litho tse Khabane. Ke kopa re qale mosebetsi, ‘me re o qale ka litsebiso tse latelang:
- Ka lebaka la hore nako e ile ea ba khuts’oanyane maobane, mesebetsi e le mengata, ke kopa hore re tle re fane ka monyetla oa hore re ke re lebohele le ho khothatsa Morena oa Phamong kajeno, ha a ile a nka kano ea hae, ‘me ra chechisa litaba tseo tsa hore re ke re mo fe mantsoe a mabeli, a mararo, a mo khothatsang ka mosebetsi ona oo a tl’o kena ho oona. Taba eo re tla e etsa e le eona item ea pele ea rona ea letsatsi la kajeno.
- Ha re qeta, Litho tse Khabane, Ntlo e tla qala mosebetsi ka ho ts’ohla le ho ananela Tlaleho ea Komiti ea Ketsa-Molao holim’a Centre for Accounting Studies Bill, 2024.
- Hang ka mor’a ts’ebetso eo Ntlo e tla ts’ohla Tlhahiso e tla lumella Ntlo ho koala bekeng e tlang e le ho fa Litho tse Khabane monyetla oa ho ea leetong le hlophisitsoeng ke LHDA le tla qala ka Labobeli la la 10 Loetse, 2024 ho isa la Labohlano la la 13 Loetse, 2024.
- Kamor’a hore Ntlo e phomole, Litho tse Khabane, Komiti ea Bophelo, Phepo e nepahetseng le Tekano (Committee on Health, Nutrition and Gender) e mema Ntlo ho tla mamela puisano ea eona le baeti ho tsoa ho LGBTQI+ community. Re se re mema Litho tsohle; ha se Litho tsa Komiti eo feela tse tla ba le baeti bao.
Litho tse Khabane, ke le fa monyetla ona hore le behe mantsoe a lona ka bokhuts’oanyane, e mong le e mong mohlomong ho laea Morena oa Phamong.
Morena oa Sehlooho oa Thaba-Ts’oeu.
HON. SENATOR M.Q. LEBONA: Kea leboha, Mohlomphehi. Ka uena, ke kopa ho hlompha Tafole le Bahlomphehi Litho tse Khabane.
Re ile ra tseba maobane hore letsatsing lena re tl’o laea Morena oa Phamong.
Morena oa ka oa Phamong, rea u lebohela ha u kene ka har’a karolo ena, e leng Ntlo ea Mahosana, u nkile kano.
Ntate, mosebetsi ona u ne u se u ntse u o etsa, ha se o mocha, o mpa o le mocha ka hobane u se u le Maseru, u se u le kahar’a Ntlo ena e Kholo, moo u seng u fuoe thomo ke Motlotlehi ka kotloloho.
Kea u leboheha mosebetsing oa hau o mocha, ke u lakaletsa katleho le mahlohonolo.
Re kopa re le sechaba sa Majantja re re re u ts’epile, ‘me Morena oa ka, Morena Molimo o tle o u apese ka matla, u abe toka, u hloke leeme.
Kea leboha, Mohlomphehi.
HON. SENATOR M.T. MOHALE: Kea leboha, Mohlomphehi.
Morena oa ka, joalokaha Morena oa Thaba-Ts’oeu a se a boletse, boikarabello bona ba ho tataea le ho sebeletsa sechaba ha se mosebetsi o mocha.
Boemong bona ba Borena ba Sehlooho ke boikarabello bo fetang boo u ileng ua ba le bona. Ua tseba hore mosebetsi oa sechaba ha se mosebetsi o monate; ke mosebetsi oo maemong ‘ohle u tlamehang ho etsa qeto e nepahetseng.
Hofeta tsohle ke ho re sechaba sa Phamong se u ts’epile, Ntate, ka litlhoko tsa sona, ka bomong le ka bongata e le sechaba.
Morena oa ka, a k’u leke hore boikarabellong bona u sebeletse sechaba sa Phamong ka lerato le qenehelo, ‘me ho feta tsohle u ntse u tseba hore u tlameha ho aba toka.
Joalokaha ho ile hoa hlalosoa, ka mona ka Ntlong ea Mahosana u se u na le lebitso le lecha la ‘Bohlomphehi’. ‘Bohlomphehi’ bo tsamaea le boikarabello le ho itlhompha. Ho itlhompha ke ho re feela ka pele ho sechaba sa Phamong le ka pele ho sechaba sa Basotho bohle, hle, Morena oa ka, lebitsong la Motlotlehi, e se eka Morena Molimo a ka u thusa, lebitso lena la ‘Bohlomphehi’ ua le sireletsa ka mesebetsi ea hau eo sechaba sa Phamong le sechaba sa Basotho se e lebelletseng.
Ntate, e se eka Morena Molimo o ka u sitsa, A u tataisa mosebetsing ona oo u nkileng boikarabello kajeno.
Kea leboha, Mohlomphehi.
HON. SENATOR M. MOKHATHALI: Kea leboha, Mohlomphehi. Ke leboha ho fumana monyetla oa ho bua le Morena oa Phamong eo kajeno e seng e le Setho se Khabane sa Ntlo ea Senate.
Kea tseba hore o se a ile a fumana boeletsi bo bongata, empa hee, ha ho senye letho hore le rona re boele re ekelletse.
Morena oa ka, kannete taba ea Borena le Bohlomphehi ke tokiso e teng e entsoeng ke Molimo khale hore sechaba sa hae se be le Boetapele bo tla se thusa hore se baballehe, se be se sireletsehe, se boele se be le khotso. Ke mosebetsi oa Boetapele.
Ha e le mona kajeno u le Morena oa Phamong, u bile u le Setho se Khabane, boikarabello bona kaofela ha bo re u Morena oa lelapa la hau, empa bo re u Morena oa sechaba se tla be se u shebile ka ts’epo e kholo le ka tebello e kholo ea hore boteng ba hau ke paballeho ho sona, ke ts’ireletseho, ke khotso ka maqiti ao Molimo o tla be o u ekellelitse ‘ona Boetapeleng ba hau.
Taba eo, Morena oa ka, ha u ka e hopola kamehla, ua e etsa, Mong’a sechaba seo, ea u fileng Borena boo, o tla u putsa Boreneng ba hau le bosebeletsing ba hau. Uena ha u entse tsena tse lokileng, u tla tiisoa ke eena bosebeletsing ba hau.
Taba ea ho fuoa monyetla oa ho ba Setho sa Ntlo ea Senate le Borena ba Sehlooho e re kaha u se u fuoe boemo bo holimo haholo – ke boikarabello bo holimo haholo, ‘me boikarabello bo holimo bo tlama motho ho fetola tse ling tsa litloaelo tsa hae.
Ha ke etsa mohlala – litloaelo tsa hore leha eba u batla ho inyorolla, joalokaha batho ba etsa joalo, u se u khetha libaka tsa hore na u ea hokae, u se u tlameha ho khetha le mefuta ea metsoalle.
Leha u le Morena oa batho bohle kaofela, ‘me u lokela ho ba sireletsa kaofela, empa ho na le mefuta e meng eo e reng ha u bonoa u na le eona, ebe taba eo e thefula ts’epo eo sechaba sa hau se nang le eona ho uena.
Ke lintho tse ngata tseo Morena oa ka u tlangoang ke boikarabello boo u bo fumaneng kajeno hore u tle u li fetole bophelong ba hau.
Re u kopela ho Molimo hore o tle o u fe bohlale ba ho ikeletsa hore mosebetsing ona oa hau u eketse ho ts’epahala mosebetsing oa hau. Moo u lokelang ho ba teng u be teng ha u tlameha ebile u lebelletsoe hore ho be joalo. Moo u lokelang ho sebetsa ka thata ho thusa ba hlokang ho thusoa u etse joalo.
Hape-hape Molimo o u thuse hore u be le mohau, hobane u se u na le sechaba se fapaneng, se nang le litlhoko ka ho fapana le ka bofokoli ka ho fapana.
Ha ke qetella litaba tsa ka, kaha ke itse tokiso ea Boetapele ke ea Molimo, re u eletsa hore kamehla ha u etsa liqeto tse kholo kapa u tobane le moo u etsang lintho tse kholo, u n’u botse Molimo hore na u etse joang, hobane mosebetsi ka booona mohloli oa oona ke Molimo.
Keletso ea ka ea ho qetela ke ho re u Morena. Ke kopa u tle u qobe ho bitsoa ‘Chief’, hobane ke ee ke bone hangata ha motho e le Morena a se a bitsoa, ‘Chief’. Ba bangata bano ba seng ba re ‘Chief’ hangata ke hobane ba se ba u bone hore u bobebe hore ba ka u kenella ka pokothong. Kamehla u n’u mamele, u se ke be ua lumela ho ba ‘Chief’, u sale u ntse u le ‘Morena oa Phamong’.
Kea leboha, Mohlomphehi.
HON. SENATOR S.B. SEEISO: Kea leboha, ‘M’e, ‘me ebile kea u lumelisa, ke be ke lumelise le Litho tsa haeso le Tafole ea hau e Khabane le ba tlileng ho tla re utsoa mantsoe.
Ha ke na le litaba tse ngata tseo nka li joetsang Morena Theko oa Letsie oa Bereng, ha e se feela hore bohlale boo a ka bo kopang ho Ntate Molimo ke hore a tle a buse sechaba se Phamong e leng sechaba sa Motlotlehi Rabasotho. A tla se buse kannete, a tle a se abele toka a sa shebe ts’obotsi ea motho kapa ts’obotsi ea litaba. Mohlomong ha re e tlisa ka puo ena ea senkhoeche re tla re, without fear or favour or prejudice.
Bohlale, Morena oa ka, ha bo ahe ntloana ‘ngoe. Le motho eo e ka ‘nang eaba ho ntse ho thoe motseng mono ke tsipa-sehole, u ikatametse ho eena, u se ke ua mo nena, u se ke ua mo khesa. Rona ba fasitseng li-tie bao ho thoeng re bohlale, re na le ho ba bohlale bo ka holimo ho Puso. Ka mantsoe a mang, re bohlale ho tla u khelosa! Ntate Molimo a u fe ts’enolo eno ea ho tseba ho bona phapang ea rona batho ba tlang ho uena.
Ntate moholo Mathe (moea oa hae o phomole ka khotso) o ne a tloahetse hore ha ngata ha a bua a re, “mohlang u ka utloang hore joale u tsitsitse holim’a sale u utloa eka pere ena e terepela ho latela monate oo u utloang ka oona, u tsebe ke mohlang e il’o u liha.”
Mohlang u utloang eka u se u le bohlale ho feta sechaba sa hau sa Phamong, u tsebe joale u tsamaea ka thoko ho Molao oa Molimo.
E ‘ngoe hape eo a neng a tloahetse hore a bue ka eona kahar’a Ntlo ena ke hore u le Moeta-Pele, u le ngoan’a Mosotho u laba-labele ka mehla eohle ho bua le motho, u se ke ua bua ka eena. Motho eo u mo ratang u mo toba ka ‘nete. U se ke ua ba boi joaloka rona mona moo re bonang Lesotho le leng teng hona joale,ke hobane re boi ho toba ‘nete. Re bona eka ‘nete e lekhoekhoe!
Ts’epa Molimo oa hau, Morena oa ka, u tsitse holima ‘nete le phethahatso ea toka. Ha ke na ho bua ka Molao oa Borena, oona o ts’oanetse hore e be Bible ea hau eo u e tsebang leha u robetse e be u ntse u e phofa.
Temana ea bots’elela e supile hore na hana joale ha u le Morena boikarabello ba hau ba mantlha ke bofe. Ha u Phamong mono hobane u ipusa, u Phamong mono hobane Morena e Moholo a ile a u sehela sebaka seno hore u lise sebaka le sechaba seno sa Morena e Moholo lebitsong la hae. Phamong mono ha se ha hau. Phamong u behiloe bolisa lebitsong la Motlotlehi Morena e Moholo.
Eo nka kopang ho fera ka eona, Ntate oa ka, ke hore ua tseba hore Phamong e na le baahisane. Baahisane ba hau ke kopa hore (ke ikenyelletsa kahar’a baahisane bano) lipakeng tsa rona re sebelletse hore re bope khotso mona moo re kopanngoang ke seo Baholo-holo ba rona ba ileng ba se seha ba se etsa khale le pele rona re hlaha. Ke bua ka meeli, haeba ho na le motho ea sa utloisising hore na ke bua k’ang.
Meeli ea rona eo re e jang lefa e re baketse sekhobo matsatsing ana ka hore ke qabang eo re e etsang ka boomo ho sechaba. Re na le Marena le Bo-Rametse bao uena u le Morena oa Sehlooho oa Phamong, ‘na ke le oa Matsieng mane – bao re sa ba laeleng, empa ba itaola…
A VOICE FROM BEHIND: Bua, Morena!
[laughter].
HON. SENATOR S.B. SEEISO: Ke kopa, Morena oa ka, hore litaba tseno tse joalo re ikokobelletse hore re akofela hore re fumane tharollo lipakeng tsa sechaba. Re se iphumane re ntse re sisintha ka hore e be re palama lipere, hobane libaka tse ngata tsa ka le uena li hloka hore motho a palame pere, a qabanye sale le ho hong…
(laughter)
A VOICE FROM BEHIND: Ho hong k’eng joale?
(Laughter).
HON. SENATOR S.B. SEEISO: Re tla hloka hore lipere Morena oa ka li lule li fepehile, li tseba hore li jare mosebetsi.
Ho qabanya sale ha u nyoloha, u tla utloa hore u nka ‘na oa tsoa ka mohatleng, ha u theosa u ka ‘na oa tsoa ka hloohong. Ha u theoha pere eno mantsibuoa u tla utloa hore linoka tsena li boima.
A VOICE FROM BEHIND): Zam Buk e kae?
HON. SENATOR S.B. SEEISO: Zam Buk eona u se ka ba ua e siea morao, ngoan’eso, e be teng mokotleng oa hau, hobane joale ha u theoha pere mono u tla tlameha hore u k’u its’ase-ts’ase u nolofalloe ke hore hosane u il’o e palama hape.
Morena oa ka, Puso ha e na ntho e thata-thata haholo, empa e le rona ka botho ba rona re thatafatsang Puso. Molao o teng, ha re phetha Molao ho latela kamoo o leng kateng. Moo re bonang likheo teng ha re tleng kahar’a Ntlo ena re tl’o lokisa ho aba Molao, haholo oa Borena. Ona oa Borena o siuoe ke nako hona hoo! Ke se ke sa bue ka e meng.
Re u lakaletse hore Ntate Molimo a u sireletse, a u fe matla, a u fe sebete. U se ts’abe ho bua ‘nete.
Moholoane oa hau (moea oa hae o phomole ka khotso) ha a ne a lutse mono, a bohla mono ka lentsoe la hae le tebileng Matona a ne a thothomela, hobane o ne a sa be boi hore a tobe ‘nete. E mosehla! Eane ea neng a kena mane moo ke sa bueng ka teng, ke ile ka utloa Morena a ts’aba ho bolela hore o kile a kena bokomonising kae-kae sekolong, a ba kena le mona moo ho ntseng ho etsoa liqha teng, qoakha-qoakha!
Ba bile lehlohonolo batho bao hore ba tsamaile litsela tseno; uena ha ua ba lehlohonolo hore u li tsamaee, empa its’ematlele ka Molao, e se e se oa lefats’e feela, empa ka holimo ho tsohle u its’ematlele ka Molao oa Ntate Molimo, “rata oa heno joalokaha u ithata” u tl’u bone ha Molimo a u fa matla a hore u buse sechaba ka toka le ‘nete.
Kea leboha.
(Liatla)
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Kea leboha, Madam President, Tafole le Litho tse Khabane.
Ke kena mona kannete ke u lebohela, Morena oa ka oa Phamong. Ha ke tl’o etsa lipuo tseo e kang ke hona u behoang Boreneng; re tla etsa mokete re tla tla, lipuo tsena tse ling tseo u li mametseng boholo ba tsona mohlang u behoang li tla boela li phetoa hape, u tl’u li lebelle.
Ke kena mona ‘na ke kena thomong ena e ncha eo u e fuoeng ea hoba Setho sa Ntlo ena. Ha u le mane u ile ua nka kano ea ho ts’epahalla Ntate Motlotlehi le Majalefa a hae. Taba eno e kholo haholo ea ho ts’epahalla Motlotlehi le Majalefa a hae, mosebetsing ona oo u fuoeng kahar’a Ntlo ena.
Mosebetsi ona oo u fuoeng kahar’a Ntlo ena u hloka hore u fetole litloahelo tsa hau. Ea pele, hore u tle u ts’epahalle Ntate Motlotlehi, ke ho etsa mosebetsi oa Ntlo ena. Ha u etsa mosebetsi oa Ntlo ena u iphile toka, u iphile lerato la ho o etsa ke eona e ‘ngoe ea mantlha e tla bonts’a bots’epehi ba hau.
Mosebetsi ona hape-hape o u hloka hore u tl’u bale. U bale, Morena oa ka! Lipampiri tsee, u li shebe ka mona, u li shebe ka mane, empa ho na le e kholo buka mona e ka nq’a eo pel’a hau moo ke eno, e ‘mala eno e ka holimo-limo. Ho thoe ke Standing Orders (Tsamaiso ea Ntlo ena).
Kea u tiisetsa hore ha u tseba ka buka eno e tla u nolofaletsa mosebetsi, u tla utloa mofuthu oa Ntlo ena. U tla utloa Mofuthu – Oho! Hle! U se ka ba ua ea le bana ba sa rateng mofuthu oa Ntlo ena. U mamele mofuthu oa Ntlo ena ka buka eno (noise and laughter). Ha u bala buka eno e tla u nolofaletsa mosebetsi, hobane joale ho na le ntho e bitsoang haggling kahar’a Ntlo ena.
Ntho ena e bitsoang haggling ka nako e ‘ngoe e tla re ha u ts’oere taba ea hau u le monate u le mofuthu, re u hula-hule hanyenyane ka eona, ha ke re u oa e bona!
So, taba ena ea haggling ke ntho e mamellehang. Ke eona ntho eo ke lekang ho e bua ha ke re u e mamelle, Morena oa Likhoele. Ha ke re ua utloa hore haggling a e mamelle, Ntate, a tle a se ke a ba a koata kapele ka eona?
Ke leka ho ‘monts’a hore na ka mona na re sebetsa joang, Ntate. Setho se Khabane, u e mamelle haggling ena, ke ntho e teng ka mona. Feela u its’etleha ka buka eno.
‘Na ke ne ke re kannete, Ntate, re u lebohise. Ntho e kholo-kholo ke eona eno ea hore u bale Litsamaiso tsena tsa ka mona li tla u etsa hore u tl’o tla u lekana le bo-‘M’e le bo-Ntate bana ba ka mona. Re nkile nako e ngata le rona ba ntse ba re tataisa ka mosebetsi oa Ntlo ena, ‘me u tla tseba ho fihla hantle kahare ho rona ha u ikatela ka lipampiri tseo ba tla beng ba ntse ba u fa tsona.
Lia ts’oenya hobane kannete li tla u sitisa ho shebella li-television, li tla u sitisa ho chaka feela u itloahetse tsona.
Ke mosebetsi oa libeke tse tharo feela u tla bo u tseba ts’ebetso eno ka buka eno e bitsoang Standing Order. U tla be u tseba le ka mona hore ha u fuoe mosebetsi u o etse, u tla tseba ho futhumalloa ke Ntlo ena.
Kea leboha, Mohlomphehi.
(Liatla)
HON. SENATOR M.S. MAAMA: Kea leboha, Madam President.
Le ‘na kea leboha, Litho tse Khabane, ka hore e be ‘M’e o mpha metsotsonyana feela e seng mekae.
Ha ke tl’o tla ke bua le haholo ka Morena Bereng, empa o tla kamorao ho motho ea neng a le matla haholo, ‘me re se re ts’oanela ho bekha ho motho ea kenang lieteng tsa hae, ‘me ho joalo teng ho ke ke hoa ts’oanoa, hobane motho e mong le e mong o na le makhabane a hae.
Ha re re a lelekise kapa a tle a ts’oane le ‘M’e Nthati Morena oa ka oa Sehloho oa Phamong (moea oa hae o phomole ka khotso) empa lintho ha se le tsa taba ena ea Ntlo ena feela, ‘M’e, ha u le Morena u Morena ka sechaba.
Ntho e kholo ho uena ke hore u phelele ‘nete ha u le Morena. U se ka ba oa tsoafa ho hlouoa ha u le Morena. Likahlolo tsa hau ha u na le ‘nete li tla ahlolela mafutsana le bahloki ho ba ruileng. Hantle ha u ka nepa litaba tseno, Ntate, u ke ke ua tsitsingoa ke letho.
Ea bobeli… (laughter)… moraong ona re se re bona ha re se re le bo-mabitleng mane re phalletse, Ntate, ho bitsoa Morena khafetsa khafetsa, u fumane hore Morena ha a eo. Ntho eo ke ntho e mpe mahlong a sechaba. Hothoe Morena ha a ete, Morena oa ka oa Liphakoe. Hothoe Morena ha a shoe, etsoe ho thoe Morena ke poho ea phale. Ho thoe e hoela ka moea, ‘me le tla e qetella hore na ho th’oeng.
Ka mantsoe a mang ha u le teng mono, kapa leha u ka ua ba sieo, u tlameha hore u theolele matla a hau ho bahlanka ba hau; e leng hore ho tla be ho ntse ho ts’oana leha u le teng. Ke ntho e kholo ka mokhoa o makatsang, hobane ha u le Morena hoa hau ke hore u il’o lla le ba llang, u ba thobe, u ba silile. Ke oona mosebetsi oa hau o moholo ka mokhoa o makatsang.
U filoe mesebetsi e ‘meli. Ke oa ho ba Morena oa Sehloho le ho ba ka Ntlong ena e Kholo eo sechaba sa Basotho se khethileng ka teng hore Marena a bona a tl’o ba teng kahar’a Ntlo ena.
E leng hore u fumane mesebetsi e ‘meli joale, ha ho na o sekisetsang o mong. Matsatsi ao u a filoeng ofising ke a mabeli feela, a hore u sebetse litaba tsa sechaba, u ahlole linyeoe ,empa matsatsi ana a mararo kaofela hoa ‘ona ke ao ho thoeng u tla sebetsa litaba tsena tsa sechaba sane sa Phamong kahar’a Paramente ka mona, ‘me u lebelletsoe hore u be ka mona. Ebile le hona mona u ka ‘na oa ba ka linako tsohle, hobane u tla elelloa hore liofising tsa Marena ho na le bahlanka ba ‘Muso, ho boetse hape ho na le motho eo u mo siileng maneofising mane hore a bue litaba. Ho tla ba le tseo a kekeng a kena ho tsona tse thata-thata tse u emetseng.
E leng hore ka mantsoe a mang sechaba sa Basotho le uena se u ts’epetse u tl’o etsa Melao ka mona. E leng hore u tla ba ofising feela ha Ntlo ena e phomotse. Ka mantsoe ana ke ne ke re, Ntate, litaba tsena ha u ka ua li sebetsa hantle ua bona le hore bahlanka ba hau mono ofising ba sebeletsa sechaba hantle…
Ntate Motlotlehi ha (‘na, che, o ile a ka a ntaea!) – ha ke tsebe Morena oa Mathula o ntse a re ba bang ba tle ba tsebe ho tla ka mor’a ka ba etse mokete. O itse hantle Marena re bahlanka. O itse re basebeletsi ba sechaba.
Ntho eno e kholo ka mokhoa oo makatsang, hobane ha u ka ikuka u le Morena – Morena Mantata mane Morena oa ka oa Sehlooho oa Matsieng o bonts’itse o itse ha ho na Morena, sechaba sena ke sa Ntate Motlotlehi, re mahlo le litsebe tsa hae, hoa rona ke hore feela re mamele, re mo shebele litaba ‘me, le moo ho buuoang hampe ka lebitso la hae, re ts’ireletse lebitso la hae le Majalefa a hae, ka mesebetsi e metle.
Ka mantsoe a mang, Morena oa ka, le bahlanka kapa Baeta-pele, e se e se Marena feela, empa le ba lipolotiki melomong ea lona, malemeng a lona, re lebelletse hore ho lutle litaba tse ahang sechaba.
Mehleng ea kajeno re se re utloa le bapolotiki bao melomong ea bona ho lutlang litaba tse bosula.
A VOICE FROM BEHIND: Ba kobisang Marena..
HON. SENATOR M.S. MAAMA: Che, ke ne ke bile ke sa batle le ho ea mono… (laughter).
Ke ne ke re moeta-pele oa ‘nete, Ntate, molomong oa hae ho lutla makhe, ho lutla mahe a linotsi. Ke bona boeta-pele bono.
Ke qetella litaba tsa ka, ka hore Puso ha se ntho e monate. Puso ke ntho e boima. Ho tla ba le lits’iu tse boima ho uena tseo e leng hore u tla be u ipotse hore na u ne u ea hokae, tseo u tla be u nahane hore u ka monyola ka hlooho, ua ba ua ipotsa hore, banna, ke ne ke nka thomo ea ho tla tla ke hobosoa ke sechaba!
Ke mathata ao u tlamehang ho a lebella, hobane sona sechaba seo sa hau se ka tloha sa u etsetsa mathata a ts’abehang, empa ke hore na u itokisitse joang hore u ts’oare litaba tseno tsa sechaba hantle.
Boikokobetso, mamello le mamellano ho sechaba sa heno ke ntho e kholo ka mokhoa o makatsang.
Madam President, ke qetella litaba tsa ka ka hore ke mo laile. Basotho ba re molaea-khosi oa itaea. Re se re ntse re itaea. Ha re laee eena feela, empa re laea le Marena ao kaofela re leng ka mona ka ’ona.
Kannete, ‘M’e, Basotho ba re, ha e nye bolokoe kaofela. Ke ba mohatla khoiti hakana.
Kea leboha.
(Liatla)
HON. SENATOR S.H. MONATSI: Ke u lebohe, Madam President, ke lebohe le Tafole ea hau, ‘M’e, re lebohe Ntlo e Khabane.
Morena oa ka oa Phamong, litaba li se li buuoe haholo, Marena a ka a se a ts’etsethile, empa a siile taba e le ‘ngoe eo re e bonang ka ntle ka mona ea Marena a latoang joaleng ka bosebeletsi ha sechaba se lla ka lits’ebeletso.
A VOICE FROM BEHIND: (Sheba ka ho rona)
HON. SENATOR S.H. MONATSI: Okay! Ho nepahetse?
Kea leboha, moahisane.
Morena oa ka, hangata hofeta hanyenyane, joalokaha Marena a ka a se a buile, hlokomela litaba ka setsoalle sa likh’otho, hobane Marena a mangata a re makalitse ka hore haa tlameha ho etsa mosebetsi oo Ntate Motlotlehi a ba fileng oona, e be ba o etsa ntlong ea bara, likh’othong. Tloha metsoalleng e tla u isa mono, hobane e tla u fa le tjotjo joale e be ha u sebeletse sechaba kannete, e be joale ba bang ua ba sekisetsa, hobane e mong a u file M20.00.
Kannete rea u lebohela, Morena oa ka. Ts’epa Morena Molimo litabeng tsena tseo u li fuoeng tsa naha ena. U tlameha ho utloisisa hore hona joale u se u le sehlohlolong ha u se u le Ntlong ena ea Ntate Motlotlehi Rabasotho, hore ha e le mona u tlohile Phamong koana moo u neng u ntse u sebetsa teng, u se u le Ntlong ena, Ntate oa rona, re u khothaletsa hore u bone ka thata hore u fetola mekhoa joalokaha ho boletsoe. U be u tsebe hore joale u se u le sebakeng se sele sena.
Sebeletsa hore on weekends, ha ho sa sebetsoe ka mona u ee Phamong u il’o sebeletsa sechaba, hobane Morena ke mosebeletsi oa sechaba, Morena ke khomo e chitja. U se ke be ua ba le linaka ua hlaba; u be mochitja! Morena ke khetsi ea ntho eane eo ke sa e boleleng, ‘me u tlameha hore u sebetse ka ‘nete le ka toka.
Ho se ho buehile hore u ntse u tla thola boeletsi ho tloha ho Ntate Rabasotho neng-neng, empa re tlameha hore ra be re se re ntse re u leotsa hore, Ntate, u imamele hantle hore na u filoe kobo fe hona joale.
Sechaba sa Phamong se u ts’epile. Morena Mathe ha a ne a beha Morena oa Sehlooho ka nako eno, kea mo hopola, (moea oa hae o phomole ka khotso) o ne a re, “lona Batlokoa, kobo ea lona ke eno ke le fa eona e ntse e nepahetse, le tle le i’lo e sunya menoana ea maoto, e tla taboha, e tla ba marantha”.
Ka mantsoe ana Morena oa ka oa Phamong, ke motho e mokhuts’oanyane, empa kannete ke tlameha ho u siea ka hore, Ntate, ts’epahalla naha ena ha e le mona u se u le Ntlong ena. Ba u shebile batho, a u shebile machaba. Halala!
Kea leboha, ‘M’a rona.
(Liatla)
HON. SENATOR L.L. SEEISO: Ke kopa hore ka uena, Madam President… (noise and laughter) ntle le bosoasoi, Morena oa ka, ngoan’a morali oa Khethisa – Khethisa ke leoatle le lefubelu. Motho a mali a thata oa Bereng, oa Nkiri, oa Lerotholi, oa Letsie la Moshoeshoe.
Morena oa ka, Borena ha se eng, empa ha re ne re ka nepa re le Marena ke hore re hopole hore re thepa ea sechaba, hobane maemo a teng, bapolotiki ba behiloe ke batho ba ba khethileng, empa rona re re, re le karolo ea sechaba, re ikhopole ha ho nepahetse hore re thepa ea sechaba.
Lehlohonolo ke la hore, ke kopa u tl’u k’u qotse karolong ea lifela tsa Kereke e Kh’atholiki – ho na le sefela se nang le molaetsa o tebileng o reng, “O qhalantse ba ikhants’ang ka mehopolo ea bona. O theotse ba matla litulong a beha ba ikokobetsang”.
Boeta-Peleng ba hau u tl’u itjoetse hore le motho ea fositseng ka la maobane ha a fihla ofising ea hau u itima bo-uena, motho eno u mo sebeletse hantle hoo le batho bao e kannang eaba ba se ba e-na le maikutlo a sele ka uena ba bone u sebeletsa motho ea joalo, a tsoe bosebelletsing ba hau, a fetele lits’ebeletsong tse ling.
Kea tseba ntlha eno eo ke e buang ha se taba e bonolo, feela e hloka hore re e latelle haeba re sa ntsane re ikhopola hore re Marena.
Ke hobane ha motho ea joalo u mo sebellelitse hantle, le bana ba hae ba tla mo latola hore na ha ho itsoe Morena eo oa Maja-Ntja ke motho ea tjee, feela ‘na ke bone ntate Morena a u sebeletsa hantle. Batho re na le ho bona litaba ka ho fapana ebile batho leha ekaba eaba bana ba motho, re ke ke ra ts’oana.
E ka holimo, Morena oa ka, u tla tla u e bona leha u fihlile mona. Ha re tl’o ts’oana ka maikutlo, feela ‘na taba eo nka u eletsang ka eona ke hore ho tla ba le Melao eo e bang re tla e fuoa, e le li-Bill. U se ka ba ua tsoafa ho botsa ho sechaba sa Phamong le ho batho ba bang feela hore taba ke ena, ke Molao o tlang o re tobile re le Ntlo e Khabane – u batle maikutlo a bona, hobane ha ngata ho na le ho hlahella litaba hothoe, ‘Basotho ba itse’, feela ho se joalo.
Ka mokhoa o ts’oanang ke re moo e bang monyetla o teng u se ke ua tsoafa ho ea likarolong tsa sebaka sa Phamong ha ho phomotsoe, e be u etela mono, u kopa mokhoa oa lipitso kapa u laela hore ho be le lipitso u batle maikutlo a bona e le hore ha u tl’o tla u beha litaba kahare ho Ntlo ena u b’u khots’e matla, u fumane matla le likeletso ho tsoa ho sechaba, ho tsebahala hore uena u tla sala u le molomo oa batho ba sitoag ho ipuelella.
Moholoane oa hau Ntate Selala (moea oa hae o phomole ka khotso), mebuso e ile ea sheba litaba hoa ba hoa qetelloa ho ahuoe borokho bono bo teng bo seng bo etsa hore tsela ea Phamong e fihlellehe habonolo.
‘Na kea tseba hore seo a neng a se tsetselela ke hore tsela eane ea ho tloha Seaka – hobane ke metse e mengata, Morena oa ka. Uena u tseba sebaka seno le ho mpheta. Ho bonahale u qenehela sechaba sa hau se mono, hobane hona tjena ba bangata e se e ba bothata hore na ba fihla Phamong joang ka lebaka la boemo ba tsela. Tsela eno boemo ba eona hajoale e se e batla e le maemong a seng matle.
Ho ee ho thoe motho oa laoa, feela ‘na ke ee ke re motho ka bo-eena o oa itaea. Lilemo tsa hau li lekane ho tseba phapang ea se setle le se sebe. Hore na u ka re ke ‘na, u kope ho Molimo hore e be eena ea u tataisang, hobane nq’e ‘ngoe re na le ho sebetsa litaba ka hore re batho ba malapa re ea amana. Joale feela ke re ho nang le taba kahare ho taba – u itjoetse hore Molimo oa hau a u tataise ha u tla u tl’o shebana le litaba tsa Ntlo ena.
Haho hlokahale hore re bue ha lelele empa re tlao rapelisa u tla ets’etleha ka rona, keletso ke sa pheta ke re ha e tlame e nepahetse ho motho ae ratang empa ka mokhoo ts’oanang ke rata hore ke tle ke bue taba ke ena ka sebaka sa Phamong, e batla e le hojana ka mokho ts’oanang ke batla ke fane ka boeletsi bo ke reng ekare u ne u ka sheba Ntate hore heso Phamong mono teropong mona Mohale ‘s hoek ke tseba hore ‘M’e Makholu ho eena ho bonolo hore litaba tse kang tsa bojalefa tsa Estate, ofisi e haufinyane le ofisi tsa ‘Muso oa setereke ekasitana le Morena oaka oa Thaba Ts’oeu.
E kare ho kaba le leqhofa leo ka le etsang ofisi hona teropong mona e kareng hoba ke re ke nka Phamong e le sebaka se batlang se le hole, litaba tse kang tsa Estate a etse hore batho ba li fumane haufinyane bo mono teropong e leng hore litaba tse ling ha li fetela ofising ea DA lia be se li fumana batho bano ba le haufinyane.
Ke ka mokhoo ke bonang ka teng ke sare a lahle ofisi ea Phamong fela ke re joalo ka ha ho atameletsa sechaba sa Phamong motho a theohang holimo ho Phamong a tsebe hore Ketane a ka tla fumana Morena oa hae kampong mono ebe o sa khona ho finyella liofising tsa Musi oa setereke ka tsela e bonolo, ha ke beile hakana ke kopa ke kokobele.
MADAM PRESIDENT: Ke kopa hore pele ke fetela pele hona le taba e ke e siileng ka hre baeting bane ba rona ba Ntlo bao le tlaba le bona ka mora mona ke utloa hothoe ho hlophisitsoe litaba tsa hore le fumane lijo tsa mots’eare ‘me ke eona eo ke neng ke e siile, hape leetong lela leo Litho tse Khabane re tlang ho etsa ts’its’inyo ea hore re phomotse Ntlo beke e tlang hoba re mengoe ke batho ba LHDA hoea sebakeng sela sa bona ka matsatsi ao a mararo, ke ne ke siile hore ba fane ka boeletsi ba hore le mpe le nke liphahlo haholo lieta tse tla le lumella ho tsamaea nako e telele kapa le tsamaee libakeng tse seng bobebe mohlomong le ka nka safety boots kapa training shoes fela le apare ka mokhoa o le tla tseba ho lokoloha nako eohle.
Ea ho qetela ke hore ka li 15 September ke letsastsi le ts’oauoeng ke machaba hore e tlaba United Nations International Day of Democracy ‘me litaba tsena tsa democracy re le Ntlo ena ea Paramente lea tseba hore ke litaba tse ka sehlohlolong, re ka mona hobane re nts’etsa pele re sebetsana le eona democracy.
Ho molemo hore bosebeletsing bohle ba rona re nke democracy e le ntho ea bohlokoa e le ntho ea pele eo re lokelang ho bona hore mebuso eohle e ang ka hare ho naha e tsamaea ka meoloane eo ea democracy, good governance ‘me ha re ne re sae leetong lena la bekeng e tlang, mohlomong re ne re tla etsa mekhoa e meng ea hore re le ts’oae joale ka Ntlo ea Paramente. Ka lipolelo tse re neng re ka li etsa kapa otherwise empa ka lebaka la hore re tla be re le siko ke se ke mpa ke re fela re tsebe hore ho na le letsatsi le joalo ‘me ka li 15 tseo re hopoleng hore macahaba a ts’oaile letsatsi leo e le letsatsi la democracy.
HON. SENATOR L. L. SEEISO: Ke ne ke nahana hore ke hona u ntse u re fa hore re lahe Morena enoa e mocha ha kea tseba ha u se u fetela item engoe.
MADAM PRESIDENT: Kea leboha Setho se Khabane kea bona hao ka hlokomela mohlomong u kene morao e se e le ha re file Ntlo e se e le Litho tse ‘maloa tse ileng tsa behe mantsoe ao empa ka lebaka la nako ke bona e ka re ka se bue kaofela hoa rona.
Ntho e kholo eo ke e hlokometseng ke hore re ne re se re tsoakella le ho molaea boemong ba hae e le Morena ba ofisi ea hae ‘me e ne e ntse e le ntho e ntle eona ebile ka lehlohonolo e ntse e na le monyetla mohlang a beoang hore re tlao molaea ka nako eo, kapa re tlo mo laea joale ha sa beuoe ofising eo ea hae re bua ka litaba tsa Borena tse mo kentseng ka mona ‘me ke utloile le boetse le qopelitse ka litaba tsa boemo ba hae ka hare ho Ntlo le tokelo le bosebeletsi ba hae ka hare ho Ntlo le ho emela sechaba sa habo sa Phamong.
2. ADOPTION OF THE REPORT
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ka ‘nete leha ke ema tjena ke ne ke leka hore,M’e President, Tafole le Ntlo e Khabane, ke ema mona ho etsa table Tlaleho ea Komiti ea Molao holim’a Sets’oants’osa Centre for Accounting Studies Bill, 2024.
Taba ena, re ile ra e fuoa ke Ntlo hore re tle re tsebe ho ea sebetsana le Sets’oants’o sena, ‘me kea ke ts’epa hore se se se le matsohong a lona mono le se le bile le ts’oere le Tlaleho ena, kahoo ke kopa hore ke tle ke fete maqephe ana a hlalosang hore na thomo ea rona…
HON. SENATOR T. LEBESE: Ha re e-s’o ka re ba le report, Mohlomphehi.
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Kea leboha.
Ke belaela Setho se Khabane se ile sa e siea litulong maobane, kaha e ile ea hla ea feta; boholo ba rona re na le eona. Empa he, ts’oarelo ka taba eo.
Maqephe a pele Tlalehong ena ea rona empa e le lethathamo la Litho tsa komiti, le ba neng ba le teng ts’ebetsong, ‘me re ‘ne re bonts’e re leboha Litho tse Khabane tse entseng ts’ebetso. Litho li ile tsa ikitlaetsa haholo le bao ba neng ba re chaketse. Re lebohe haholo, re ts’oarisaneng joko ena.
Ke fete, ke hlalose hore Tlaleho ena kamoo e bopuoeng kateng re tla fihla page 1, ke hore section 1 ea teng, empa e bua ka introduction le background ea information, ha Section 2 e bua ka katamelo ea Ntlo na, ho re na e ile ea atamela mosebetsi ona ka tsela ea mofuta ofe, ‘me Section ea boraro e re fa kakaretso Sets’oants’ong sena na lintlha ke life tseo re neng re li shebile.
Ha re fihla ho ea bone, e re fa hore re fumane eng le hore na re bone ho observation and recommendations e le tsa mofuta ofe, ‘me ha re fihla Section 5 ke taba ea conclusion.
Re tla ba hape le annex kapa ho qhoaelletsoeng.
Ka uena, ke kopa ho etsa move, ha u ntumella, ‘Mé.
E tla be e se e bua ka Lihlomathiso tseo ka mor’a ts’ebetso ena e hlahang ka tsona.
Bahlomphehi, joaloka ha ke se ke bonts’itse, Komiti ka la 30 July, 2024 e ile ea kopa Lekala la Thuto le boemeli ba Centre of Accounting Studies le ba Lesotho Institute of Accountants, re le ka mona ka Ntlong, ho re ba ke ba tl’o re fa hore na se hlileng se ts’etsoeng ke Sets’oants’o sena sa Molao na ke sefe, ‘me lintlheng tseo ba re fileng tsona kapa har’a batho ba lebelletsoeng ke batho ba Law Society bao ka ’nete ba ileng ba re hlalosetsa hore ha ba na bothata, le ka taba ea Sets’oants’o re tsoelepele ‘me ba ile ba re fa le lengolo leo le tlang ho le fumana le qhoaelletsoe Tlalehong.
Ho feta moo, e ile ea ba batho ba Council of Higher Learning, le bona ba ile ba bonts’a ba sena mathata le taba ea Sets’oants’o. Ke mpa ke bua ka batho bana, empa ke tla tabeng ea hore na ke bafe batho ba chang ba ts’ola holim’a Sets’oants’o sena.
Ke mpe ke fete, ke bonts’e hore re na le lethathamo la bona batho bana ba qeteletseng ba fihlile ho tsoa ka Lekaleng le ho tsoa ka CAS and LIA. Ho ea ka Tlaleho ea hore na nalane ea sekolo se hlaha ho kae, sekolo sena se ile sa thehoa ka selemo sa 1979, ‘me se ntse se sebetsa e le ka ts’ehetso ea batho ba ma-Irish. Maobane Letona la Machabeng, le ile la bua ka litlatsetso tsa Irish Lesotho, ‘me ena e ile ea ba e ‘ngoe ea karolo ea teng, ‘me ts’ebetsong ea bona, ha ba itlohela feela empa ba theuoe ka Molao.
Ba ne ba ntse ba its’etlehile ka Lekala la Thuto, empa ho ile hoa bonahala ho le bohlokoa hore ka 2014, ho qaloe mekutu ea hore sekolo sena se ikemele ka Molao, e leng se tlisitseng taba ea hore na hoban’eng Sets’’oantso sena sa Molao se fihla Ntlong ena ea Senate.
Ha ke tla tabeng ea rationale, ke taba ea hore seo eleng sa mantlha mona ke hore ho etsoe legalise the establishment ea existence ea Centre for Accounting Studies. Ho re se be teng, se ikemele ele Sekolo kapa Setsi se tla fana ka Lithuto tse amanang le litaba tsa khoebo ka kakaretso, eo re tloaetseng hore re e bitse Accounting Business Studies and Business Related Discipline, e leng lithuto tse tla fanoa ke College.
‘Me Setšoantšo sena se boetse hape se bua ka matla, (powers and functions of the Centre). Lia hlaha kahare ho Setšoantšo sena sa Molao. Empa ke bontše hape hore Setšoantšo sena sa Molao se boetse se bua ka tsamaiso- e lengGoverning Structures. (Matla a tsona le mesebetsi eo botsamaisi bona ba Sekolo bo tla ba le tsona). – Taba ena empa e le taba e re thusang feela hore Sekolo se tsebe ho bonahala se ikamahanya le meoloane e teng tabeng ea Good Governance le Statutes tse teng.
Empa ho feta mona hape Setšoantšo sena sa Molao se bua ka mesebetsi ea mantlha ea ba tla kena tsamaisong ea Sekolo sena. Eleng ho re ke tsona lintho tse kholo tseo Setšoantšo sena se buang ka tsona kapa se li reretsoeng.
Ho feta mono, ka ’nete, Bahlomphehi, e se ele taba ea hore Setšoantšo se ahehile ka tsela e joang, e leng arrangement of the Bill, ‘me se tla bua li-Clause ka ho fapana hore na li ahiloe joang le interpretation, governance le tse ling. E batla ele lethathamo le le telele; page 2 to page 4, ke tsona tseno.
Ka ’nete kea kopa, Madam President le Litho tse Khabane, ho le ntumelle ke tsoele-pele tabeng ena ea hore na ena e tla hlaha tlas’a four eleng ea Observation.
Re hlokometse hore Setšoantšo sena se bonahala se ikamahanya le lipehelo tsa National Strategic Development Plan [NSDP] hore na se ne se bua lintlheng life, ha se bua ka taba ea Lekala la Thuto. Ho re, ba fane ka litsebo tse bohlokoa tabeng ea ntšetso-pele ea naha ea Lesotho, ‘me taba ena ea ho etsa prioritise taba ea Centre for Accounting Studies e tsamaea le taba ea priority eno ea bona.
Empa ho feta mono ke ho bona hore taba ea Higher Education e Accessible ho Sechaba sa Basotho kapa bana ba Sechaba sa Basotho. ‘Me ke hona mona moo itseng ha re se re ntse re shebisana, re ile ra hlokomela hape hore ho se ho na le taba ena ea hore na Setšoantšo sena sa Molao sona, litabeng tsa likhafa le lichelete, na se joang. ‘Me re ile ra hlokomela hore ha se na hakaalo-kalo Financial implications tabeng ea hore na ha se kenngoa tšebetsong, na se ka ba le mathata, ‘me Komiti ea habo rona e ile ea e sheba taba ena, re shebisana ‘moho le bona.
Ke batla ho tsoela pele hore hape tabeng ea presentation ea Stakeholders, Lesotho Institute of Accountant eona e ile ea re bolella hore Bahlomphehi ba ne ba sa ka ba etsoa Consult ke National Assembly, ka Komiting ea Molao, e le ha ho sebetsanoa le sona Setšoantšo sena, empa leha hole joalo ba ikamahanya le Setšoantšo.
Ke ‘nete ho na le moo ba ileng ba kenya Lihlomathiso tseo ho ileng hoa bonahala ha ba se ba buisana le Lekala (batho ba Centre for Accounting Studies) ba sa hanane hakaalo. ‘Me taba ena e ile ea re thusa, ea re nolofalletsa hore ha re e aka mane Lihlomathisong, e be re tseba hore re ‘moho tabeng eno.
Empa ke ne ke batla ho bontša taba eno feela hore ho ile hoa ba le ba reng ba na le li-concern.
Ke batla ebe ke se ke tla specifically tabeng ea recommendations. Tsona ke tla li bala ka mokhoa oo li leng kateng, Bahlomphehi.
- Observation ea pele, The Committee observed that The Chancellor was excluded from the Membership of the Council. Recommendation eaba hore based on the above observation, the Committee recommends that The Chancellor should be a member of the Council, ke observation ea pele.
- Second Observation; The Committee noted that there was no time frame in the Bill on Developing Statutes. Based on the above observation, The Committee recommended that designated time frame for developing statutes should be stipulated in the Bill.
- Ea ho qetela e ile eaba taba ea typo, empa recommendations tsena, Bahlomphehi, tsena tseo re li entseng ka mona re ile ra tseba hore ha re ea ka mane ka moo re reng ke tabeng ea Amendments, re tle re tsebe ho li sheba ka leihlo leno.
Ke bontše, Bahlomphehi, hore taba ena ea Amendments tsena tse entsoeng attach mona, re li bone ebile re kopa Ntlo e tle e li amohele, ele hore ha re se re tla kahare ho Setšoantšo, ebe re tseba hore re tle re tsebe hore li baleha hantle, le li utloisise re se re kene, re tšoere Setšantšo seno joale re bua hore na ke Temaneng efe.
Ke boemong bane, ha re se re tla tabeng ea Second Reading ea eona, re se re sebetsana le eona.
‘Me ka hona, Bahlomphehi, re qetella mona ka taba ea Conclusion hore after all extensive deviations, The Committee recommended that The Bill be Passed as Amended in Annex 2.
In Conclusion, Subject to Standing Order 52(3), The Committee resolved to submit this Report to the House for adoption, as I so move. Thank you.
HON. SENATOR T. LEBESE: Kea leboha, Madam President.
Ho bohlokoa hore re ile ra lula re le Komiti ho sheba litaba tsena, ‘me ke ema mona ho tlatsa Setho se Khabane hore bohlokoa ba Bill ena, joaloka ha a supile, ka ha Sekolo sena se bonahetse se qalile tšebetso khale hakaalo-kalo, they did not have guidelines ntle le tseo re ne re li sebelisa li le internal.
‘Me, Madam President, Bill ena kea khale haholo. Kea kholoa e qalile ho thomeha lilemong tsa bo 2014. Litho tse Khabane li tla hlokomela hore the Institute ena ea CAS e fana ka The Professional Training in Accounting ka mohlomong li-course tse kang ACCA, GA, CA tse Internationally Accredited. ‘Me ho ne ho le bohlokoa haholo hore haeba re ile ra ba le Molao oa Council on Higher Learning oa 2004, oo eleng oona o tataisang Institutes of Higher Learning, ho ne ho le bohlokoa hore le bona as an Institute of Higher Learning ba tle ba ipapise le Melao le Melaoana e etsang guide Council on Higher Education.
Litaba tsa Establishment li bohlokoa haholo, empa e bohlokoa haholo mohlomong, ha ke tlatsa Ntate Molula-Setulo oa ka, ke hore all Institutes of Higher Learning in Lesotho are being subsidised. Eleng ho re li ja mokotleng oa Sechaba. ‘Me ho bohlokoa haholo hore Likolo tsena li be le Melao e li tsamaisang ka tsela ea Bill, ele hore ho tle ho etsoe tšalo-morao haholo tšebelisong ea lichelete tsa Sechaba kaha joale ke Sekolo sa ‘Muso, se ikarabellang Lekaleng la Thuto le Koetliso ka tšehetso ea lichelete ho hlaha Mokotleng o Moholo oa ‘Muso.
Ke ema mona ke tlatsa hore Ntlo e tle e amohele Tlaleho ena ele Tlaleho ea Komiti eo re lumellaneng ka eona ho e tšehetsa, joale re tle re tsebe ho tl’o sheba likateng tsa eona, ka ha e ne e sa etse amend Molao oa letho, empa ele Bill e qalang ho etsa establish Institution.
Question proposed.
HON. SENATOR T. M. MOHALE: ‘Me’, kea ema mona, joale ke utloa Ntate a nkhalemela a re ke mosebetsi oa hae ona, joalo ka ha ele eena ea Senthareng, se ke nkile boemo ba Ntate Mantata.
‘Me,’ joaloka ha Mongoli a tlatsitsoe, litaba tsena tsa Centre for Accounting Studies, joalo ka ha Molula-Setulo a hlalositse – ‘Me,’ ntšoarele! Litaba tsena e ne empa ele ho lokisa le ho beha Sekolo maemong ao e ne e tlameha ebe ke khale a lokisitsoe. ‘Me kannete joalo ka ha ho bontšitsoe, ke mosebetsi oa nako e telele oo; ha lintho li ne li tsamaea hantle ekabe ele khale boemo bo joalo bo lokisitsoe, haholo motho ha u sheba hore na boleng ba Sekolo seo ke boleng ba boemo bofe.
Ka hona empa ke ema ke tlatsa, ebile ke ananela mosebetsi ona o motle oa Komiti ena ea Molao, ‘me kea tlatsa, ke ananela mosebetsi oo.
Kea leboha.
Question put and agreed to. MADAM-PRESIDENT: Litho tse Khabane ka pele ho lona le fuoe Motion oo o neng o s’o butsoe pampiring e tala, ‘me ke beha taba hore Litho li amohele hore Motion oa mofuta ono, ka ha ke o potlakileng, o mpe o behoe ka pele ho Ntlo o buuoe.
Question put, and agreed.
next item!
PROCEEDINGS AND SUBSTANTATIVE BILLS AND MOTIONS
URGENT MOTION
SHORT RECESS Please number the motion
HON. SENATOR T. M. MOHALE: Kea leboha, hle, ‘Me’ President.
Ke ananele mosebetsi ona oo ke o fuoeng, o neng o tlameha hore o etsoa ke Moetapele oa Ntlo, ‘me kannete kea itebohela:
This Honourable Senate when it rises today, Thursday 5th September, 2024 at 10:30 a.m., it do adjourn until Tuesday 17th September, 2024 at 10:30 a.m. in order to allow Honourable Senators to undertake an excursion to the Lesotho Highlands Development Authority sites from Tuesday, 10th September 2024 to Tuesday 13th September, 2024.
Re ile ra fumana memo joalo ka ha pampiri e ka pele ho rona e bontšitse. Re ile ra ba le baeti ba Metsi a Lihlaba nako e telele, (kea kholoa ke likhoeli tse peli) ‘me seo ba neng ba tl’o se teka ke litaba tsa bona, ebile ba re memela ho ea bona mesebetsi eo ba ntseng ba e etsa ka ho ntlafatsa litaba tsa metsi.
Ese eka, Litho tse Khabane, re ka ananela memo ena ea bohlokoahali, haholo ha Marena a libaka tse amehang a le teng koano; Morena oa Mokhotlong le Morena oa Leribe. Taba ena e tla re – oh! Le Morena oa Malingoaneng! Hee, banna, ha a eo! (Ntšoarele, Ntate).
Taba ena e re thusa hore liqholotso tseo re li utloang ka Sechaba, ka Basebeletsi le ka ‘ona Marena re tle re tsebe ho li bona molemong oa hore ha re le Katse le Polihali bonyane ebe re na le leseli la litaba tseo tse etsahalang, tseo mohlomong ka bosebelletsi ba rona re ka khonang ho thusa Sechaba ka liqholotso tsena tseo ba tobaneng le tsona.
‘Me ese eka Litho tsohle tse Khabane re ka ikitlaetsa ho bona hore re nka leeto lena ele hore ha re khutla re khutle re ruile ho feta ka mokhoa oo re tsebang kateng.
Ke ema mona ho sisinya hore Ntlo ena ha e koaloa kajeno, re tle re kopane hape Labobeli la beke eane e fetang ena ele hore re tle re il’o ichorisa ka mosebetsi oa Sechaba.
Kea leboha.
Bonyane ra be re na le leseli la litaba tseno tse etsahalang tseo mohlomong ka bosebeletsi ba rona re ka khonang ho thusa sechaba ka liqholotso tsena tseo ba tobaneng le tsona.
Ese eka, Litho tsohle tse Khabane, re ka ikitlaetsa ho bona hore re nka leeto lena e le hore ha re khutla, re khutle re ruile ho feta kamoo re tsebang kateng.
Ke ema mona ho sisinya hore Ntlo ena ha e koaloa kajeno re tle re kopane hape-hape Labobeli la beke e kapele ho e tlang e le hore re tle re il’o ichorisa ka mosebetsi oa sechaba.
Kea leboha.
HON. SENATOR DR. T. D. LEBESE: Ke ema ka Ntlha ea Tsamaiso, Madam President.
Ke hobane e ngolehile hampe Tokomane ena mona joale ke sitoa ho e tlatsa, ka ‘nete, e le tjena, Madam President!
E re re tla khutla ka November! E leng hore re tsamaea likhoeli tse peli kaofela!
MADAM PRESIDENT: Honourable Lebese, rea leboha ka tlhokomeliso eno, empa e bonahala e le typographical error feela, hobane litaba tse hlakileng li teng ka holimo ka mane, ‘me ke kopa u tlatse Setho se Khabane.
HON. SENATOR DR. T. D. LEBESE: Ke tlatsa Morena Mohale hore ka ‘nete hore Litho tse Khabane li tle li ee mona moo re ileng ra kopa hore re ke re ilo bona ts’ebetso eno ea Polihali Madam President.
Kea tlatsa…
[liatla]
Question proposed
HON. SENATOR S. MONATSI: Ke u lebohe, Madam President.
Ke ne ke kopa ho botsa hore na ebe ‘na ha ke se nka ka ema koana sechabeng sa haeso sa Malimong, moo se ntseng se lla ka hore ha se es’o lefuoe, le ‘na ke oela hona mono?
Batho ba Metsi a Lihlaba ba sitiloe ho lefa meaho ea ka, mohatsa oa ka a ba hlokahala a siea chelete.
Na ho ka se be bohlokoa hore ke il’o ema hona koana ke hle ke supe litaba tsa meaho ea ka eo esale ke emisoa ho eona na?
Kea leboha, ‘M’e.
MADAM PRESIDENT: Ke hore taba ena ea Setho se Khabane ke utloa e le taba eo ekang ke potso ho fapana le ho tlatsa litaba tsena. Joale taba ena e ts’oana le ea Morena oa Mokhotlong moo a neng a re ba ntse ba na le litaba tse kholo e le sechaba sa Mokhotlong ka litaba tsena tsa Morero oa Metsi a Lihlaba, ‘me programme eo e entsoeng eo ke sa tsebeng na e se e fihlile matsohong a lona ea li-activity tse il’o etsoa, na ho ka lumelleha hore re kope LHDA hore e etse include ka hare ho programme nako ea ho kopana le sechaba re utloe maikutlo a sechaba ka litaba tsa Merero eo e teng moo hore na ba amehile hakae, na ba bona bophelo ba bona bo ntlafala kapa bo khutlela morao ke li-project tseno?
‘Na ke ne ke utloa e le litaba tse ntle tseo re tla kopa LHDA hore e ke e re fe nako ka hare ho programme eno hore ho be joalo.
Joale Tafole e se ntse e hlopha hore e tle e bue le batho ba ntseng ba etsa organise mosebetsi ono hore ho tle ho be le nako e joalo.
Kea kholoa e tla ba eona nako eo, Ntate Senator Monatsi, u tla ema le sechaba ho bonts’a litaba tse ammeng sechaba hammoho le uena ke Merero eo ea Metsi a Lihlaba.
Question put and agreed to
Resolved
That this Honourable Senate when it rises today, Thursday 5th September, 2024 at 10:30 a.m. it do adjourn until Tuesday 17th September, 2024 at 10:30a.m in order to allow Honourable Senators to undertake an excursion to the Lesotho Highlands Development Authority sites from Tuesday, 10th September, 2024 to Friday, 13 November, 2024.
Order!
Litho tse Khabane, ke ne ke re ruri re kopa hore ka ha LHDA e nkile boikhathatso ba kopo ea rona, ‘me e senyehetsoe, Litho tse Khabane tsohle tse itlammeng hore li tla ea, tse ngolisitseng ho list eo, re le kopa hore le phethise le ee. Haeba ho na le litokiso tse ling tseo le batlang hore le li etsetsoe mohlomong, joale kaeha Ntate Monatsi e se ntse e le motho oa Mokhotlong le Morena oa rona oa Mokhotlong ebe o re “le tla mphumana kae-kae,” litaba tseo li fihle ho Tafole ea lona e le hore re tle re se ke ra mo emela nako e telele mona re ntse re re ke hona a tlang.
Re kopa hore re phethise hore re ee moo. Ba entse li-booking tsa lenane leo re ba fileng lona le litokiso, kahoo re tle re se ke ra phoqa eaba next time ha re se re kopa re se re se na motho ea re bulelang mamati.
Litho tse Khabane, ke le hopotsa hape hore hona joale ha Ntlo e phomola ho na le Mokhatlo o tlileng, e leng baeti ba lona, oo e bileng ka morao ho kopana o le lokiselitseng lijo tsa mots’eare.
Ntlo e tla phomola ho fihlela ka lona Labobeli leo la la 17 September, 2024.
ADJOURNMENT
There being no further Business on the Order Paper, Madam President adjourned the House without question put, pursuant to Standing Order No. 16.
House accordingly adjourned at 11:52 a.m.