Hansard 29 October 2024

        KINGDOM OF LESOTHO

PARLIAMENTARY DEBATES

DAILY HANSARD

OFFICIAL REPORT OF THE SENATE

7th Meeting – First Session

Eleventh Parliament

Tuesday 29th October, 2024

LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG

1.Hon. Seeiso B. SeeisoPrincipal Chief of Matsieng
2. Hon. Joel A. MotšoenePrincipal Chief of Leribe
3.Hon. Sempe Gabasheane MasuphaPrincipal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan
4.Hon. Mamolapo M. Q Majara Principal Chief of Ha Majara
5.Hon. Tumane MatelaPrincipal Chief of Makhoakhoeng
6.Hon. Moeketsi Moletsane IIPrincipal Chief of Taung
7.Hon. Lerotholi Mathealira SeeisoPrincipal Chief of Mokhotlong
8. Hon. Lerotholi L. Seeiso   Principal Chief of Likhoele
9. Hon. Theko D. BerengPrincipal Chief of Phamong
10.Hon. Mojela T. MakhaolaPrincipal Chief of Qacha’s Nek
11.Hon. Seeiso S. H. NkuebePrincipal Chief of Quthing
12.Hon. Nthupi A. Bereng                     Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote
13.Hon. K.L.K Khoabane Principal Chief of Thaba-Bosiu
14.Hon. Mitchel S. MaamaPrincipal Chief of Ha Maama
15.Hon Moholobela M. Moholobela Principal Chief of Matelile
16.Hon. Bereng G. Seeiso Api  Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake
17. Peete Lesaoana PeetePrincipal Chief of Koeneng le Mapoteng
18.Hon. ’Mako T.MohalePrincipal Chief of Tajane, Ha Moetsana le Ha Mohale
19. Hon. Khoabane T. MojelaPrincipal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso
20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli Principal Chief of Botha-Bothe
21.Hon. Pontšo S. MathealiraPrincipal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere
22.Hon. Qeto Sekonyela Principal Chief of Malingoaneng
23.Hon.’Mawinnie KanetsiSenator
24. Hon. Lebona KhoaeleSenator
25. Hon. Thabiso LebeseSenator
26. Hon. ‘Maphakiso LebonaSenator
27. Hon. ’Mabataung Patricia                                MokhathaliSenator
28. Hon.Sehlooho HenryMonatsiSenator
29. Hon. ‘Makholu MoshoeshoeSenator
30. Hon. Neo Matjato MoteaneSenator
31. Hon. Seabata MotsamaiSenator
32. Hon.Richard RamoeletsiSenator
33. Hon. Limpho TauSenator

PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO

SENATE CHAMBER

Tuesday 29th October, 2024

(MR.VICE-PRESIDENT in the Chair)

The House assembled at 10:30 a.m.

PRAYER

The Chaplain led the House in Prayer

ANNOUNCEMNTS FROM THE CHAIR

MR. VICE-PRESIDENT: Kea le lumelisa, Litho tse Khabane, Matona a Khabane le ho le amohela kajeno.

 Re na le Litsebiso tse tharo tseo re kopang hore re qale mosebetsi oa letsatsi ka tsona:

  • Re na le Tlhahiso e potlakileng mona ka Honourable Senator Motsamai, Tlhahiso ena e tla ts’ohloa hosane ka Labone, ‘me ke ne ke kopa hore Tafole e fe Litho tse Khabane li-copy tsena, e le hore ba tle ba ithute eona.
  • Hona hosane, hang ha Ntlo e phomola, Komiti ea Government Assurance e tla kopana ka mona ka Ntlong ho tla hlahloba le ho ananela Tlaleho, e holim’a Lipuisano tseo Komiti eo e bileng le tsona le Lekala la Temo.
  • Labohlano la la 1 Pulungoane, Komiti ea Ntlo ena ea Ketsa-Molao e memetsoe kopanong ke RSL moo e il’o tekela Litho tse Khabane ho bitsoang RSL Strategy and Tax System. Kopano ena e il’o ts’oareloa Victory Hall Moshoeshoe II ho tloha ka 10:00 a.m.

Next Item, Mr. Clerk!

Motion

Motion  49: A NEED TO SUPPLY VILLAGES WITH POTABLE WATER

HON SENATOR DR. T. LEBESE (ON BEHALFOF HON. SENATORK. L. K. THEKO) asked the Minister of Water Affairs, whether he is aware that the following villages around the Metolong Dam have been promised supply of portable water but that has not been done:

(a) Moeeling,

(b) Setupung,

(c) Ha Masekale and

(d) Takalatsa.

Furthermore, the following villages have been connected with pipelines but there has never been supply of water commissioned to them:

(i) Ha Ramakabatane

(ii) Sekants’i; and

(iii) Ha Seeiso

Consequently, there is a lot of water wastage leaking from those incomplete connections in those villages: and if so, how soon will portable water be supplied to those villages?

HON. M. MOLEKO (MINISTER OF NATURAL RESOURCES): Kea leboha, Mohlomphehi.

Lekala la Lihloliloeng le fumane Litlaleho ka tlhokahalo ea metsi metseng eo e boletsoeng le e meng e sebakeng sa Metolong, ka boemeli ba sechaba. Re le Lekala re ile ra nka likhato tsa ho etela libaka tseo e le ho ithuta boemo ba tlhokahalo ea metsi le ho fumana mekhoa le tharollo ea moshoelella.

Lekala le kopile chelete ea ho etsa boithuto le meralo ea phepelo ea metsi ho tsoa letamong la Metolong, ho ea metseng e haufi le letamo, ‘me kopo e amohetsoe ke Lekala la Lichelete le Meralo. Ha joale ts’ebetso ea ho hira consultant e ntse e tsoela pele, ‘me pele  selemo sena se fela ts’ebetso ea boithuto le moralo e tla be e qalile.

Haele ts’ebetso ea phepelo ea metsi e sa felang metseng ena ea Ha Ramakabatane, Sekants’i le Ha Seeiso, Lekala la haeso ka Department of Rural Water Supply, le nkile khato ea ho tsoma mekonteraka e ileng ea fuoa mesebetsi ho qetela ts’ebetso libakeng tseo,’me haeba mekonteraka e joalo e sa iponahatse nakong e fanoeng ea khoeli, Lekala le tla nka likhato tse lokelangg tsa Molao khahlanong le bona e be le tla hira e mong e mocha. Sena se etsoa e le ho thiba ts’enyo ea metsi a qhalanang.

 Kea leboha.

HON. SENATOR DR. T. LEBESE: Kea leboha Ntate. Ka uena ke ne ke re Mohlomphehi Letona le Khabane a tle a hlokomele hore litaba tsena li se li na le lilemo tse ka fetang bohlano joale. Motse ona oo ho buang ka oona oa Moeeling ke moo metsi a bokelletsoeng teng, e le mothangoana, hore a tle a hloekisoe, a tle a fepele libakeng tse ling tseo metsi a isoang hona teng bo Roma, Morija le metse e meng.

Taba e kholo mona ke ea hore sebaka seo sa Moeeling, moo e leng sekhakeletsi se seholo sa metsi, motse oo ha o na metsi, ‘me taba ena e re bakela bolutu bo ts’abehang, hobane e re tlisetsa botlokotsebe ba infrastructure e turu hakana, kaha ke sehlabi se seholo ho metse eno e potileng letamo hore khokelo e kaalo, ea moliko o mokaalo oa metsi, e ka hare ho sebaka sa bona, empa ba ntse ba kha liqanthaneng.

E kholo litabeng tsa hao, eo le eona ke reng re ke re hate ka thata haholo ho mekonteraka ea rona – ebile e se e le ntho e iphetang ena, ‘me u tla hlokomela hore melomong ea Basotho joale ho bueha taba ea the local constructors, ba bonahalang re le ‘Muso re ba fa mosebetsi, empa ba sa qete mosebetsi oa bona.

 Ke bomalimabe bo ts’abehang hore letamo la Metolong le ahuoe, kapa moliko oa lona o sebakeng sa Ha-Seeiso, feela leha le ahuoe ka mor’a lilemo tse hlano, motse oa moo khokelo ea metsi e entsoe ka li-half hoba infrastructure ha e-s’o fele.

 Re se re ipiletsa, hle, Ntate, hore haeba litaba tsena efela u li hlokometse, tsa tsela ena eo u arabelang ka eona, ka ‘nete pele khoeli e fela (re bala matsatsi ho tloha kajeno) ha khoeli ea Pulungoana e fela ho se ho tsitsinyeha hoa letho ka khokelo ena ea metsi e siuoeng li halofo, re tla boela re u kopa hore u tl’u hlalosa na ho etsahala joang, hoba e se e le sehlabi se ts’abehang haholo, ‘me re lubana le botloli ba molao bo ts’abehang bo etsahalng metseng ena ka lebaka la mosebetsi o sa felang, ebile o sa tsoele baahi molemo.

HO. M. MOLEKO: Kea leboha, Mohlomphehi.

Litaba tsena kea li utloa ehlile ke litaba tse nts’oentseng haholo! Ha se taba ea Metolong feela,re ntse re na le qholotso e joalo Metsing a Lihlaba, e leng litaba tseo re ntseng re leka ho li sebetsa ka matla.

Ke le tjena, ke ile ka ea Metolong ka bua le sechaba ka ba ts’episa hore boemo boo re tla bo sebetsa. Ehlile re tl’o bo sebetsa. Hona joale, ha re bua tjena,  hona le li-consultant tse seng li ntse li hiroa; e ne e le takatso ea ka hore ebe bekeng eona ena ba fuoe contract e be rea sechabeng re e’o hlalosa hore ho tl’o sebetsoa joang, feela ehlile within the next two weeks or so that consultant will be hired, re hlalosetse sechaba, mosebetsi o qaloe.

Minister of Finance o entse allocate Chelete e kaalo ka M37 million hore ho etsoe li-feasibility study tsa metse eno kaofela.

 Kea leboha.

QUESTION 55: ALLOCATION OF RESIDENTIAL LAND AT MAPUTSOE AND HLOTSE

HON. SENATOR P. S. MATHEALIRA askedthe Minister of Local Government, Chieftainship, Home Affairs and Police the following:

(a)  What criteria was used to allocate residential land in the following areas:

  • Maputsoe
  • Hlotse

(b) Whether the allocations were done pursuant to Section 13(2) and Section 24 of the Land Act, 2010 which stipulates that allocation shall be in accordance with the approved development plan;

(c) and if so, did the Commissioner of Lands provide the approved development plan to the allocating authority?

HON. L. LEPHEMA (MINISTER OF LOCAL GOVERNMENT, CHIEFTAINSHIP, HOME AFFAIRS AND POLICE): Kea leboha, Mohlomphehi.

Maputsoe ha ho s’o be le moralo o hlonolofalitsoeng haesale Molao oa Mobu oa 2010 o kena ts’ebetsong. Moralo o teng o hlonolofalitsoeng ke Molao oa mobu oa 1979 ka karolo ea teng ea 45(1), eaba o phatlalatsoa e le oa sebaka se khethuoeng  lebakeng la ntlafatso ( Selected Development Area –SDA).

Phatlalatso ea mobu oa bolulo e ile ea etsoa Ha Nyenye le Ha Maqele, ea rehoa Pula-Maliboho. Mobu ona o  ne o ajoa ke Ofisi ea Pula-Maliboho ka kopanelo le Mongoli e Moholo oa Teropo, empa oa qetella o nehelanoe ke Lesotho Housing and Land Development Cooperation (LHLDC), sebakeng sa ts’ehetso ea lichelete.

Ho boetse ho na le morero oa Khomo-khoana o bitsoang Maputsoe SDA o phatlalalitsoeng ka selemo sa 2000 moo Lekala la Mesebetsi e Meholo le Lipalangoang le ileng la abeloa mobu sebakeng sa ho aha boemelo ba makoloi a baeti le Ofisi ea Council. Qetellong mobu ona o ile oa fetisetsoa ho LHLDC. Lits’a tse ling tsa bolulo li ile tsa fanoa ka  ho fetoleloa ts’ebelisong ea mobu ke Council.

Ea bobeli, Hlotse ho na le Moralo o hlohonolofalitsoeng sebakeng sa race course. Lits’a li ile tsa bapatsoa, hoa amoheloa likopo. Leha ho le joalo, ha litlhahlobo (interviews) li ntse li tsoela pele, Kereke ea Assemblies of God e ile ea hlahlela nyeoe ka Lekhotleng e tseka mobu o ts’oanang, ‘me nyeoe ena e ile ea emisa mesebetsi ea kabo ea mobu, empa qetellong Lekhotla la Toropo ea Hlotse le ile la hlola nyeoe, ‘me joale kabo ea mobu sebakeng sena e lebeletsoe ho tsoela pele e ipapisitse le Molao oa Mobu oa 2010 le 2011.

Kea leboha.

HON. SENATOR P.  S. MATHEALIRA: Mohlomphehi Letona o arabile, feela Hlotse mane o siile taba ena ea batho ba iphang lits’a ba re ba li fuoe ke ‘Muso.

Ke batla a ke a re hlakisetse taba eno hantle.

Kea leboha, Mohlomphehi.

HON. L. LEPHEMA; Ke kopa hore taba ena eo Mohlomphehi a e hlahisang u ke u ntumelle ke tle ke khutle ka eona, ke fihle ke e tsitsise hantle, hobane re se re romeletse Bahlanka hore ba shebe boemo bono.

Le ka holimo ho mono re na le directive e re kopileng hore Lekhotla la rona le ke le emise hanyane ho fana ka lits’a ka mono ka Leribe re ke re tl’o tla re li shebisanang. Morero e ntse e le hore nakong e tlang phano ea lits’a re ke re e kopanele le Marena a haeso e le hore re tle re akofise mokhoa oa ho ntlafatsa litoropo tsa rona le hore na re li rala joang.

Ke haufinyana mona ha re ne re thakhola mokonteraka ea tl’o tla a re thusa ho etsa ntho eo ho thoeng ke special planning hore re tle re ntlafatse litoropo tsa rona.

Kea leboha.

[liatla]

HON. SENATOR S. H. MONATSI: Ke u lebohe, Ntate Vice President.

Ka uena ke lebohe Matona a rona a re etetseng ka koano leha a na le hore ka nako e ‘ngoe ha re a hloka ebe ha a tle.

Ke na le lipotso tse peli tse nyanyeletsang tseo ke ratang hore ke li akhele ho Bahlomphehi ba ka.

Ke qala ka Ntate Letona la Puso ea Libaka hore ho na le ntlha eo a e buileng e ileng ea nqholotsa mona ea hore a re Maputsoe ha e ea ts’oaeloa toropo. Joale ke re na o ile a hlokomela hore mane Mapholaneng, Tlokoeng ha se toropo le teng, feela ho na le litsotsi tse neng li le mono li re li tsoa Ofising ea hae li ntse li re ho batho ba tlohe pel’a tsela mono, bo ‘M’e bana ba baits’okoli. Ba sokola mono ka hore mantsiboea motho a ee lephoshoana le paraffin ho ea fepa bana. Na taba ena e ne e fihle litsebeng tsa hae na?

HON.SENATOR: Litsotsi li ne li tsoa kae?

HON. SENATOR S. H. MONATSI: Li ne li se na le li-ID tsa ho bonts’a hore na li tsoa ofising efe.

Joale ehlile ke nyanyeletsa taba eno hore na e ne e fihle kapel’a tafole ea hae na?

Ke se ke ntse ke na le ea bobeli ho Ntate Letona la Metsi.

MR. VICE PRESIDENT: Re ile ra botsa, ‘me Mohlomphehi Letona la Metsi o ile a araba potso eaba  ua mo tlohela a feta!~ E ne e ts’oanetse ebe u ile ua nyanyeletsa nakong eona eno. Joale u mo tloheletse a ba a lula fats’e joale u batla ho khutlela ho eena.

Hona joale re shebane le Mohlomphehi Letona la Puso ea Libaka le Borena. Che, ka ha u bua ka taba ea ts’eho ea lits’a ha ke tsebe na Mohlomphehi Letona o tla hlalosa hore na o tla araba taba ea batho…

HON. L. LEPHEMA: Kea leboha, Mohlomphehi.

Ke kopa hore u ntumelle hore ke mpe ke arabe. Ha se le karabo hakaalo-kalo, empa e ka ba hore ke amohela ts’isinyo eo ho buuang ka eona ea hore re ke re nke likhato tsa hore re ke re il’o sheba litsotsi tseno tse bonahalang li hlokisa sechaba sa Mapholaneng botsitso, ‘me joale ka ha ebile ke ntse ke ikarabella Lekaleng la Sepolesa ke tla hle ke romelle mapolesa. Joale empa ke tl’o kopa u tle u mphe lintlha tseno tse hlakileng kaofela re tle re tsebe ho bona na re li atamela joang ka mokhoa oo re tla hlola bothata bono.

Kea leboha.

HON. SENATOR M. KANETSI: Kea leboha, Ntate Motlatsi oa President.

Potso ea ka e khuts’oanyane, feela e ea nyanyeletsa ho Letona la Puso ea Libaka. Ke hore na haele mona a ntse a bua ka hore ba ntse ba rera ho etsa-ha kea utloa hantle hore na u itse le ntse le rera ho etsa joang, feela mohlomong potso ea ka ke hore u tla be u se u utloa hore na taba ena ea ho aha masimong ekaba le ntse le e sebetsa joang ka eona? Le rerile ho etsa joang ka eona?

Empa e ka sehlohong ke ea batho ba li-agent bana ba rekisang lits’a, ba fanang ka lits’a hohle mona ba li rekisa –  ho re na ho na le control? Ho na le policy eo ba ipapisitseng ka eona? Ho etsahala joang ka taba eo ea lits’a tse fanoang hohle moo, haholo-holo masimong?

Kea leboha, Mohlomphehi.

HON. L. LEPHEMA: Kea leboha, Mohlomphehi, ‘me ke leboha Setho se Khabane ka potso eno, hobane e nthusa hore re tle re fetise molaetsa o tle o utloahale hantle sechabeng mane.

Re entse khoelehetso ho Mak’hanselara le batho bohle ba bonahalang ba ntse ba aba mobu moo ho sa nepahalang joale ka ha ke re re se re file mokonteraka mosebetsi oona ono oa special …le hore re tle re tsebe hore re tl’o tla re bonts’a hore mobu oa rona re ka re oa temo ke ofe, oa bolulo ke ofe le oa khoebo. Re mothating o moholo oo re ntseng re etsa joalo.

Kea kholoa e ‘ngoe eo ke e hlalositseng mona ke ea hore re mothating o moholo oa ho bonts’a hore re busetsa hore ts’ebetso ea kabo ea mobu e se ke ea lula ho mak’hanselara feela, e kopaneloe ekasitana le Marena.

Ehlile taba ena ea mecucu e runyang masimong e re ts’oentse haholo hobane re bona eka qetellong re tla qetella re se na mobu oa temo ho latela kamoo lintho li ntseng li etsahala kateng. 

Ke ea ipiletsa ho lona Marena a ka hore taba eo ha re ke re e kopaneleng re sebetseng ‘moho. Ha re batle ho bona boemo boo ekang ba mono mose ho noka ba naha ena e seng e tlala mecucu hohle mona. Ena eona ke etsa qholotso ho lona hore ha re e kopaneleng re e sebetseng e seke  ea ba teng, re tlo tla re rala litoropo tsa rona.

Maobane mona re ne re na le ‘moka o moholo mono re le Lesotho Housing Cooperation ebile re etetsoe ke Botswana Housing Cooperation eo re neng re bua ebile re shebisana na re tlo etsa joang hore re ahele Basotho matlo a boemo ba low income, medium income and high income.

Forum e joalo e fihlile pheleetsong maobane. E ne e le e atlehileng haholo empa re tlo ba le e ‘ngoe. Re tla le mema hobane mona re tlo mema mekonteraka, libanka le batho bohle ebe re re libaka ke tseno tseo re fanang ka tsona ha re etseng develop re tle re seke be ra ba le mecucu ka hare ho Lesotho. Kea leboha [liatla]

MR. VICE PRESIDENT: Rea leboha Mohlomphehi Letona le Khabane.

Kea le leboha, Bahlomphehi Matona, ka likarabo tsena. E bohlokoa haholo taba ena ea hore ha lipotso li ile tsa ba teng li arajoe li se ke ‘ne tsa chechisoa,hobane ena ea ho chechisa lipotso ha e hantle ka’nete, e batla e le bolutunyana tjena.

Kea tseba hore nako e fetileng le ile la re e tsoaloa ke mabaka a mangata a hore lipotso mokhoa oa hore li fihle ho lona ha oa otloloha hantle, empa re leka ka matla hore re sebetse hore ho be bobebe hore lipotso li fihle ho lona, joale li arajoe.

Taba eno ea ho araba lipotso bohlokoa ba eona ke bo mona ba hore ke ponts’o ea accountability e kholo haholo. Empa ka ntle ho mono ha lipotso li sa arajoe, Litho tse khabane tsa Ntlo ena ea Senate li na le ho tletleba hore ba bona ka mane ka National Assembly Bahlomphehi Matona ba araba lipotso empa ka mona ba sa li arabe, e na le ho tlisa lipelaelo tse joalo.

Ka lebaka leno, ka’nete ke lokela hore ke  le lebohe,Bahlomphehi Matona a Khabane, ha e le mona le arabile lipotso tsena ka bokhabane. 

Ke ee ke bone Bahlomphehi ka mona ba na le lipotso tse ngata haholo tse nyanyeletsang, empa ke bona eka le ba otlile botsekeng ka likarabo tsa lona, hobane ke bona taba e mona eo ba eeng ba e etse ea hore ba botse lihora tse peli li be li fele ba ntse ba botsa lipotso tse nyanyeletsang, ha e eo kajeno, ‘me ke thoholetsa likarabo tseno tsa lona haholo.

Ntlha ea ho qetela eo ke neng ke re ke bue ka eona, Litho tse Khabane, ha Bahlomphehi Matona a Khabane ba le teng ka mona –  che leha morao tjena motho u se u sa tsebe bahlanka leha motho u ne u ba tseba haholo joale ka ha u kile ua tsebetsa le bona haholo.

Ke ee ke shebe ho  Gallery mane hore na ha Letona la Lihloliloeng  le Letona la Puso ea Libaka le Borena ba le teng ka mona, ke ee ke shebe hore na ho na le bahlanka ba teng mane ba ba setseng morao. Bosieo ba bona ho ‘na bo bolela litaba tse bolutu ha bohloko. Hore na ba betsa Bahlomphehi Matona sekoai feela ka mabaka afe!

Bohlanka bo ts’oanela hore bo be teng mono ha Matona a Khabane a tl’o tla a araba lipotso ka mona e le hore moo ho bang le lipotso tse nyanyeletsang, feela tseo ehlileng li amanang le potso e neng e botsitsoe, joale Letona le Khabane le tlameha ho li araba, ba be ba se ba ntse ba le teng mono ba tsebe hore ba etse koantsanyane ba tlisetse Mohlomphehi Letona.

Joale empa ena e etsahalang morao tjena –hobane mehleng ea rona re ne re tseba hore re ne re etsa joalo rona. Ena ea Bahlomphehi Matona e re ha ba tl’o araba ka mona ba itlela ba le bang feela ho se na bahlanka ba ba felehelitseng, ruri ho ‘na ke taba e bolutu haholo, e mpe, e lokelang e lokisoe hang-hang. Hohle moo Mohlomphehi Letona a leng hona teng, bohlanka bo ts’oanela bo be teng molemong oa Mohlomphehi Letona.  Ha a bua ho tsoa policy, joale bohlanka bo ts’oanela bo be teng mono bo tsebe ho mamela policy ena, joale bo tsebe ho etsa litlhophiso hore e etse trickle down kahar’a lekala lane leo e leng hore Mohlomphehi Letona o le etelletse pele.

Joale potso ke hore na ha ba le ba sieo moo, Bahlomphehi Matona ba le teng, le utloisisa joang policy direction ea Lekala hobane ke itse ha ba bua ba bua policy? Letona ha le ngole policy lea e bua. Mohlanka mosebetsi oa hae ke hore ha Letona le buile, joale eena a il’o etsa draft policy eno a e ngole hantle; ha se Letona le ngolang policy. Lea e bua! Mohlanka mosebetsi oa hae ke hore ha Letona le buile joale eena a il’o etsa draft Policy a e ngole hantle. Ha se Letona le ngolang Policy. Ke ne ke re ke thetse litaba tseo feela, Litho tse Khabane. Ka ‘nete ke lebohile haholo.

Honourable Senator Mohale.

HON. SENATOR T. M. MOHALE: Kea leboha, Ntate Vice-President le Ntlo e Khabane. Ke utloa u bua ka taba ea bohlokoa ena ea Policy, hore e ka ba hantle ha Matona a Khabane a le teng ebe Bahlanka ba teng e le hore ba thuse Bahlomphehi ba Khabane tabeng ea ho etsa meralo ka Makala a amehang.

 Ke botsa hore na e le eona taba eno ea meralo, u ka mpha monyetla hore nke ke botse Matona taba e nyenyane, e ba amang, ka taba eno ea Policy?

 Kea leboha.

U ka ntumella, Mohlomphehi?

MR. VICE-PRESIDENT: Ak’u li behe ke utloe na u re eng, Honourable Senator.

HON. SENATOR T. M. MOHALE: Ke ne ke re feela u buile ka taba ea bohlokoa, Ntate Au.

Matona ana a Khabane a ameha litabeng tsa mantlha tsa boiketlo ba sechaba, ‘me re hlokometse hore ha re bua ka Matona a Khabane re bua ka taba ea litsela le litaba tsa mantlha, e leng litlhoko tsa mantlha tsa Basotho.

Empa ke etsa potso ho Matona a Khabane, haholo ho la Metsi, hore merero eohle ea metsi-rea tseba hore ho nanabetsa tlhoko ea metsi e ntse e le pharela. Ho nanabetsa taba ea litsela Sechabeng seo metsi a fihlileng ho sona e ntse e le pharela, kahoo ebe ekaba bohlale bofe mohlomong boo Letona le Khabane la Metsi – _ hore hona tjena mererong eohle ea Metsi, tlhoko ea Metsi ebe tlhoko e nanabetsoang le pele meralo e joalo e atleha?

Ke fane ka mohlala litabeng tsa litsela tsa metsi a Katse le mona moo Potso e neng e tobile, hore Sechaba sa teng se ntse se hloka metsi le hajoale, ‘me tebello ea Sechaba e ne e le hore le pele morero o qala, metsi a tla anela libaka tse ling, Sechaba se joalo metsi se tla be sea fumana.

Potso ke hore na ebe ke maano afe a ka thusanang hore morerong ona o teng oa Polihali ho hle ho qaloe ka meralo ea hore metsi a hle a be teng, litsela li be teng, e le ho thusa hore metsi a thuse ho ntlafatsa sechaba se angoang ke merero e joalo?.

Kea leboha, Ntate.

MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Honourable Senator Mohale. Kea utloa hore u botsa Potso, leha u sa e ngola. Kea utloa hore u ne u re u khe Mohlomphehi Letona two-feet! Ha ke tsebe – re na le li-option tse peli tsa hore, che, Mohlomphehi a ka araba, feela e ‘ngoe ekaba hore u il’o ngola Potso. Empa e ‘ngoe ekaba hore ka ha u bua ka meralo oa phepelo ea metsi ka bophara, re ntse re ka lakatsa hore Mohlomphehi a itukisetse hore a ka tl’o etsa Polelo ka Ntlong ka mona ka taba ea hore na moralo oa hae oa phepelo ea metsi ka bophara na ke ofe.

Mohlomphehi Letona, ha ke tsebe na u ka re eng, Ntate.

HON. MINISTER M. MOLEKO (Minister of Natural Resources): Kea leboha, Mohlomphehi. Ke nahana hore ke e arabe kaha ke Potso ea bohlokoa haholo. E khutlela mane moo ho bonahalang hore ke tla re meralo e neng e etsoa ka Projects tsena tsa rona e fosahetse. Ke ho re e na le liqholotso tsena tsa hore ho tla etsoa letamo, ebe batho ba potileng letamo leo kapa metse eo ebe ha e thole metsi.

Ke eona ntho eo ke ileng ka bua ka eona hore re ntse re na le qholotso e joalo e tšoanang le eno ho Project ea Metsi a Lihlaba (LHDA). Joale re le Lekala ehlile re batla ho bona hore litaba tseno rea li sebetsa, hobane joale ke tla re objective ea rona re le Lekala ke taba eane ea mooloane oane oo ho thoeng ke SDG-Six, hore re fe sechaba metsi hore ha Selemo sa 2030 se fihla ho be ho se na ea hlokang metsi. Joale u tla sheba hore re na le Project tse tharo tse kholo, ele moralo oa hore re fihlele taba eno.

Re na le Project ena ea Lesotho Lowlands Water Development Project, Phase one, two le three. Ke Project e seng e ntse e sebetsa Leribe le Butha-Buthe. Joale re ntšitse Likonteraka tsa ho etsa meralo ea Mafeteng le Mohale’s Hoek, joale re tla be re qala Quthing. Mabalane mona re na le Project eo ea Lowlands e tl’o fa batho metsi Lowlands mona. Joale re ntse re hopola hore re na le Department of Rural Village Water Supply, (WASCO) eleng  tsona tse ntseng li fana ka metsi.

Joale ha ho tluoa ho Project ea bobeli e kholo ena ea Lesotho Highlands Development Authority or Lesotho Highlands Water Project –  Lesotho Highlands Water Project le eona e tlameha e fe Basotho metsi, e fe le South Africa metsi. Ha u sheba Treaty eno kapa tumellano eno e tekennoeng ke South Africa, Article ea pele ke 4.1. E re re ahe matamo, re ahe litonnoro, re ise metsi South Africa. Feela ha re ntse re etsa joalo 4.2 e re re etse Hydro-Power Station, re fehle motlakase ka metsi, re etse Irrigation Systems, Tourism Activities, Fisheries le Projects tseo Lesotho le ka li etsang.

Joale tabeng eno ea ho fa Basotho metsi, ho etsa Hydro Power Stations, Irrigation Systems, Fisheries and Tourism, u tla bona hore re morao. Ha u sheba nako eo Project ena e sebelitseng ho eona ehlile re morao, joale re leka hore re bone hore joale re sebeletsa hore Basotho ba une molemo.

Joale re hirile batho ba bane ka tlasá Lesotho Highlands Water Commission ba tl’o shebana feela le boiketlo ba sechaba sa Basotho. Ba tla sheba litaba tseno tsa hore na Basotho ba thola metsi, hape ba thotse compensation ea bona ena eo esale ba sa e pataloe.

U buile ka litsela. Ba tlo sheba hore Feeder Roads tse sa sebetsoang lia sebetsoa hona tjena. Ba tl’o sheba lintho tse kang Communal Compensation, Skills Development, Entrepreneurship Development, Preferential Procurement ea Basotho, joalo-joalo. Joale e tl’o sebetsana le litaba tseno.

Re na le Project ea ho qetela eo ke tla bua ka eona,ena e bitsoang Lesotho/Botswana Water Transfer, moo re tl’o aha matamo a isang metsi Botswana. Joale re tla be re etsa pipe tsa 700 kilometres ho ea Botswana, re fa literopo tse kang Bloemfontein le tsena tsa North-West metsi.

 Joale ha re aha matamo ao re tlameha re be hlokosi hore Basotho ba phelang libakeng tseo ke bona batho ba pele ba ho thola metsi. Joale ho be le Hydro-Power Stations le Fishery, joalo-joalo;matamo ana ebe lintho tse kang ke Multi-Purpose Dams. Ke ho re u seke oa aha letamo u re ke la metsi feela, le be le mekhahlelo ena e meng.

Joale ehlile re hlokolosi haholo hore litaba tseo u li buileng, re li nepe.

Kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi Letona. ke utloile u bua taba e monate haholo ea hore ho hiriloe lik’hamphani tse filoeng boikarabello ba hore li bone hore mesebetsi eo e tšoanela ho phethahatsoa ke morero, haholo-holo joalo ka Rural Roads mohlomong le Water Supply –  lik’hamphani li se li hiriloe hore ho bonahale hore litaba tseno lia etsahala.

 Ke ne ke nahanne u tla be u re fe mabitso a tsona hore na ke lifelik’hamphani tseno Litho tsa Khabane li tsebe hore na ke lik’hamphani life tseo tse hiriloeng, le hore na li filoe nako e kae. Empa you may come to it at the later stage, of making a the Statement seo ehlileng se leng detailed ka litaba tsena tse monate. ‘Na ke utloa ke utloile litaba tse monate haholo tsena tsa morero ona hona joale.

Ke bona eka ekare litaba tsena, Litho tse Khabane, li re fihlisa pheletsong ea mosebetsi oa letsatsi la kajeno.

ADJOURNMENT

There being no further Business on the Order Paper, MR Vice- President adjourned the House without Question put, pursuant to Standing Order No. 16 (3).

The House was adjourned accordingly at 11:10 a.m.

.