Hansard 28 November 2024

KINGDOM OF LESOTHO

PARLIAMENTARY DEBATES

DAILY HANSARD

OFFICIAL REPORT OF THE SENATE

7th Meeting – First Session

Eleventh Parliament

Thursday, 28th November, 2024

LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG

1.Hon. Seeiso B. SeeisoPrincipal Chief of Matsieng
2. Hon. Joel A. MotšoenePrincipal Chief of Leribe
3.Hon. Sempe Gabasheane MasuphaPrincipal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan
4.Hon. Mamolapo M. Q Majara Principal Chief of Ha Majara
5.Hon. Tumane MatelaPrincipal Chief of Makhoakhoeng
6.Hon. Moeketsi Moletsane IIPrincipal Chief of Taung
7.Hon. Lerotholi Mathealira SeeisoPrincipal Chief of Mokhotlong
8. Hon. Lerotholi L. Seeiso   Principal Chief of Likhoele
9. Hon. Theko D. BerengPrincipal Chief of Phamong
10.Hon. Mojela T. MakhaolaPrincipal Chief of Qacha’s Nek
11.Hon. Seeiso S. H. NkuebePrincipal Chief of Quthing
12.Hon. Nthupi A. Bereng                     Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote
13.Hon. K.L.K Khoabane Principal Chief of Thaba-Bosiu
14.Hon. Mitchel S. MaamaPrincipal Chief of Ha Maama
15.Hon Moholobela M. Moholobela Principal Chief of Matelile
16.Hon. Bereng G. Seeiso Api  Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake
17. Peete Lesaoana PeetePrincipal Chief of Koeneng le Mapoteng
18.Hon. ’Mako T.MohalePrincipal Chief of Tajane, Ha Moetsana le Ha Mohale
19. Hon. Khoabane T. MojelaPrincipal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso
20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli Principal Chief of Botha-Bothe
21.Hon. Pontšo S. MathealiraPrincipal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere
22.Hon. Qeto Sekonyela Principal Chief of Malingoaneng
23.Hon.’Mawinnie KanetsiSenator
24. Hon. Lebona KhoaeleSenator
25. Hon. Thabiso LebeseSenator
26. Hon. ‘Maphakiso LebonaSenator
27. Hon. ’Mabataung Patricia                                MokhathaliSenator
28. Hon.Sehlooho HenryMonatsiSenator
29. Hon. ‘Makholu MoshoeshoeSenator
30. Hon. Neo Matjato MoteaneSenator
31. Hon. Seabata MotsamaiSenator
32. Hon.Richard RamoeletsiSenator
33. Hon. Limpho TauSenator

PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO

SENATE CHAMBER

Wednesday, 28th November 2024

The House assembled at 10:30 a.m.

(MR. VICE-PRESIDENT in the Chair)

PRAYER

The Chaplain led the House in Prayer

ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR

MR. VICE-PRESIDENT:  Litho tse Khabane, kea le lumelisa le ho le amohela kajeno. 

Kea u hlokometse, Mohlomphehi Letona le Khabane, ke hlokometse boteng ba hau, Ntate. 

Rea leboha.

Litho tse Khabane, ha re na litsebiso kajeno, ha e se hore ke mpe ke le hopotse feela hore ho ile hoa etsoa tsebiso ka mona hore ho entsoe tlhophiso ea hore le tle le il’o kopana le Mohlomphehi Tona-Kholo mane State House kajeno ka hora ea pele thapama.  Ke ne ke re ke le hopotse hore ho nts’o le joalo, ha hoa fetoha letho.

Le tla hopola, Litho tse Khabane, hore e le ho itokisetsa Phutheho eno re ile ra ba le Phutheho ka mona maobane, ho hlophisetsa Kopano eo ea rona le Mohlomphehi Tona-Kholo ka hora ea pele kajeno.  Bongoli bo ile ba ba teng. Ke ne ke nahana hore ho ka ba bohlokoa haholo hore re boele re kopane hakhuts’oanyane ha Ntlo e phomola, ho sheba hore na Bongoli bo beile litaba ka mokhoa oo ho ileng hoa lumellanoa kateng maobane.  Re se keng ra kopanang mane e le hona joale le il’o sheba hore na litaba li beiloe, kapa hona ho photloa ka tsela eo le neng le ile la lakatsa ka eona maobane.

Ntle ho mono, joale ka ha Order Paper e bonts’a, Litho tse Khabane, re tl’o tla re ba le Tabling of Subordinate Laws, ebe ka morao ho mono re tla ba le Tlhahiso eane ea ho phomotsa Ntlo ho sa boleloe nako. 

Lea hopola hore ka tloaelo e ee ebe rea phomola ka nako ena, re phomolela matatsi ano a phomolo ea Keresemese le selemo se secha. 

Ke tsona litabanyana tse teng feela kajeno, tseo ke neng ke re, che, ke le hopotse ka tsona, Litho tse Khabane.

Next item, Mr. Clerk.

2. TABLING OF SURBODINATE LAWS

Mohlomphehi Letona le Khabane, re ne re kopa u re tataise.

HON. R. RAMOELETSI (Minister of Law and Justice):  Kea leboha, Mohlomphehi. 

I rise to table the three Subordinate Laws:

  1.   The first Law is Members of Parliament Salaries (Amendment of Schedule) Regulations, 2024; 
  2. The Second is the Statutory Salaries (Amendment of Schedule) Regulations, 2024; and
  3. The last third is Food Fortification (Amendment) Regulations, 2024.

MR. VICE-PRESIDENT:  Rea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane.

  • Members of Parliament Salaries (Amendment of Schedule) Regulations, 2024,
  • Statutory Salaries (Amendment of Schedule) Regulations, 2024; hammoho le
  •  Food Fortification (Amendment) Regulations, 2024, li tekiloe, ‘me li tla fetela Likomiting kapa Komiting e amehang.

Next item. Mr, Clerk

HON. SENATOR K.L.K. THEKO:  Ntlha ea Tsamaiso, Mohlomphehi. 

We do things differently and sometimes to the amazement ea batho bao e ka bang b’a fihla ka har’a Ntlo ena.  Tloaelo ke hore ekare Letona ha le hlahisa taba ena, leha li entsoe table, li ile tsa fuoa Litho, e ntse e le courtesy hore li ke li tolokeloe.  Feela ke ee ke bone Tafole e tlohela Matona a sa ikhathatse ho bua ka mahamo a molao oo ba tla o teka, leha o tl’o etsoa introduce under the auspices of the Committee eno e amehang. 

Che, ha ke tsebe hore na hana Melaoana e tsamaisang taba ea tabling of bills or anything, na is it in order just to throw them like that, ebe u re li se li tla qoqoa ka mokhoa oo li tla qoqoa kateng? 

Mohlomong ha motho a nts’a hola o nts’a lebala, feela ke ne ke hopola eka there will be courtesy ea hore ha u etsa table taba u k’u e fe the spirit ho batho ba tl’o e mamela, even though e le mosebetsi oa a committee to do so.

Kea leboha, Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT:  Kea leboha, Morena oa ka oa Thaba-Bosiu ka Ntlha eno ea Tsamaiso.  Taba ena ha e-ea hlaha ka ho totobala ka har’a Standing Orders hore e ka ba joalo.  Empa hee, ke utloa taba eo u e behang e le ea bohlokoa hore tlhaloso ena e se ke ea ba Likomiting koana feela, eaba re boetse re emela nakong eo Komiti e fanang ka Tlaleho ka mona hore na hantle-ntle sepheo ke sefe.

Mohlomong e k aba ho ikeletsa hore hakhuts’oanyane feela ka moso re n’o fumane a very short brief ea hore na Melaoana ena e tekoang e bua ka’ng joaloka ona oa Members of Parliament Salaries Regulations.  ‘Nete e salang o ipuela feela ka Meputso le Litsieane tsa Litho tse Khabane tsa Paramente, ho kenyeletsa le Bahlomphehi Matona, ho tloha ka Tona-Kholo.  Ha ona oa Statutory Salaries o ipuela feela ka Meputso le Litsieane tsa batho ba ts’oereng li-position tse statutory ka hare ho Bosebeletsi ba Sechaba.

Li-Gazette tsena li etsoa selemo le selemo ha feela ho ile ha etsoa liphetoho ho meputso le litsieane tsa Litho tse Khabane, mohlomong li etsoa through inflation adjustment.  Empa ha ho sa etsoa letho, hangata ha ho be le Gazette e etsoang.

Li tsoa morao ho nako haholo, and it has been a very bad practice I should say, hoo batho ba media ha ba li etsa pickup, haholo-holo media o hostile, ha li tsoa hona tjena ka November tjena, ba re Litho tsa Paramente li ikekelelitse meputso.  Athe ‘nete e salang ha ho joalo, litaba tsena lia be li ile tsa baloa maqalong a selemo koana ha Letona le Khabane la Lichelete le etsa Budget Speech, joale le tla hlalosa hore ho nyolotsoe ka 3%, joalo-joalo.

Ho na le practice e mpe haholo ea hore ha li-Gazette tsena li lokela ho tsoa ka eona nako eane eo Bahlanka ba ‘Muso ba nts’ang Schedule sa bona, ebe tsona li salla morao, ho ngolloa Lekala la Lichelete hore le ’ne le lefe Litho tse Khabane.  Joale ebe ke hona li tsoang hona tjena.

Ha ke tsebe hore na ke hobane’ng ho le tjena, and it should never be like that, Letona le Khabane.  Li ts’oanela ho tsoa hang-hang, eseng ka nako ena, hobane baqolotsi ba litaba b’a li sotha ha ba le hostile.  Ba re, joale ba ikekelelitse, ba ekelelitsoe ka March, ba boetse ba ekeletsoa hona tjena.  Which is not the case!  And re ba fa platform eno hore ba bue litaba tseno.

Che! Ena ea Food Fortification eona ka ‘nete ha ke e tsebe.  Ke ne ke re ke nke monyetla ke fane ka brief bono.  Ke utloa eka ke li-Regulation tse amanang le ho ntlafatsa litaba tsa lijo.

HON. SENATOR R.P.L. PEETE:  Kea leboha, Ntate.

 Ntate, ke ne ke re ke nke monyetla ona pele Letona le Khabane le etsa pilot Motion oa ho Koala.

Eo ke botsang ka eona mona, ke ha ke hopola hore re ile ra ba mane Thaba-Bosiu, Marena a Sehlooho le Bahlomphehi Matona re ile ra ba le ‘ona mono.  Har’a litaba tseo re ileng ra li ts’ohla mono e ne e le litaba tse amanang hanyenyane le li-Reform.  Ke hlokometse, Ntate, hore Bahlomphehi Litho tsa Ntlo eane ea Bakhethoa, ba hanne litaba tsohle kaofela tseo e leng proposals tsa Ntlo ena ea Mahosana.

Pelaelo ke ho re e ka ‘na eaba ho latela ka mokhoa oo ba leng lihlooho li thata, e ka ‘na eaba ha ba utloisise the essence or the core ea litaba tsena tseo re li buang kaofela. 

Re ne re ile ra kopa Letona le Khabane Ntate Ramoeletsi, a na le Letona Lebona, hore ba re kopele bano –  haholo-holo ba Opposition, bana ba ‘Muso ekare ba utloa – ha e le ba Opposition hothoe ba lihlooho li thata-thata!  Re ne re ile ra kopa hore na ho ka se be bobebe hore re kopanngoe le bona ba tl’o utloa hore na re hlaha from which angle ka lintlha tseno tseo re neng re li beha? E ka ‘na eaba ba tla li utloa.

Ha ke etsa mohlala, ho na le – Ntate Ramoeletsi, uena u ile ua re ke hona u utloang the rigid ea taba ea rona e le ha re ne re bua ka taba eane ea Paramount Chief ha e qeta ho hlalosoa ke Ntate Molapo.  Batho bano ba Molimo e ka ‘na eaba le bona ba lefifing leo e ka ‘nang eaba ba ntse ba sa utloe letho hore na re ntse re re’ng.

Ke ne ke botsa hore na le kile la etsa li-effort tsa hore ho etsoe mekhoa oa hore Litho tsa Ntlo ee e Khabane re ke re tl’o kopana le Banna bao le Basali bao, re ke re bueng, ba bolele hore na tsa bona ke life, le hore na li etsoa influence ke’ng, le hore na tsa rona ke life le hore na li etsoa influence ke’ng na?  Mohlomong ba tla re utloa.

MR. VICE-PRESIDENT:  Morena oa ka oa Mats’ekha, ke utloa taba ea hau.  Che! Ke potso ho Letona le Khabane, feela ha u ne u qala ke ne ke utloa eka u bua ka litaba tsena tseo re seng re ntse re tl’o kopana ka tsona le Tona-Kholo kajeno, empa kea utloa hore ehlile u tsepama holim’a Opposition.  Che! Letona le Khabane le ka re thusa hore na ebe kopano eno e tla ba neng haeba e tla ba teng.

HON. SENATOR R. RAMOELETSI (MINISTER OF LAW AND JUSTICE):  Kea leboha Mohlomphehi.  Ho latela potso ena ea Morena oa Mats’ekha, ke bonts’e hore ehlile ke ile ka le netefalletsa hore ho tla ba joalo hore re be le Boeta-pele bo ka National Assembly, not only the Opposition, empa ka ‘Musong le ho Opposition le lona le le College of Chiefs, re ke re tl’o bua ka taba eo ke lakalitseng hore re ke re e utloisiseng kaofela, re ke re e qoqeng ‘moho.  Ho tla ba joalo, Mohlomphehi.

Ke ne ke mpa ke emetse hore re fete ena eo re tl’o kopana le Tona-Kholo, joale re tle re tsebe ho lokisetsa eno, re tle re e fe letsatsi, haholo hobane rea koala kajeno, re tle re buisaneng hore na would it be during the break or immediately ha re khutla.

HON. SENATOR S.G. MASUPHA:  Kea leboha, Ntate.  Ntlha ea ka ea Tsamaiso ke ea hore ke utloa eka ho thoe rea koala letsatsing lena.  Ha re koala tjena re lefifing.  Ke bua tjena hobane ke ka hare ho Komiti eo re lokelang hore ebe re fane ka Tlaleho ea hore na ho ntse ho etsahala’ng pele re koala.

Litaba tseo ke buang ka tsona li ama Ntlo ea Motlotlehi Rabasotho eo esale re tseba hore ho na le ntho e ntse e tsoela pele.

Ntlha ea bobeli, Mohlomphehi, ke taba ea Ntlo ea Senate eane e ntse e ahoa ka holim’a thaba.  Ke rona bana re koalla mafelo a selemo.  Ka ‘nete ha re e-s’o bolelloe letho hore na ho ntse ho etsahala’ng.  Na ebe taba ee e bonahala e tla re ts’oara hantle, re tsamaea re sa tsebe letho? 

Ke lumela hantle hore Basotho ba lebelletse ho utloa ka lintlha tsena tse peli tseo ke buang ka tsona.  Ke ne ke kopa mohau…

MR. VICE-PRESIDENT:  Ha ke re ea hau ke Ntlha ea Tsamaiso Setho se Khabane?

MR. VICE-PRESIDENT:  Litho tse Khabane, haeka le na le Lintha tsa Tsamaiso tse ngata ha kaale, kapa ha le batle ha re phomola, ha le batle ha re koala!

Morena oa ka oa Lioli, litaba tseno tseo u li buang li bohlokoa haholo.  Ke litaba tseo ka nepo re neng re loketse hore ebe re ile ra li hlophisa pele re koala hore Bahlomphehi Matona a Khabane a ikarabellang a ke a tle ka Ntlong ka mona a tl’o beha Ntlo leseling la hore na ebe litlhophiso li kae ho araba litaba tsena tseo u li behang.

Kaha re se re hlophile hore re tle re phomotse Ntlo kajeno, ka ‘nete ho ka ba bohlokoa haholo hore e ‘ngoe ea lintho tsa pele mohlomong pele re phethela Likhakanyo tsa Lichelete, hobane ke e ‘ngoe ea lintho tse tlil’o re phathahanya ha re khutla phomolong, ho bohlokoa hore pele re fetisa Likhakanyo tsa Lichelete ka har’a Ntlo ena e Khabane, Matona a Khabane a ikarabellang a ke a tle, a mengoe a tl’o etsa address Ntlo ka litaba tsena tseo u li kopileng, hobane ruritsona ke tsa bohlokoa haholo.

HON. SENATOR DR. T. LEBESE:  Ntate, ke ema ka Ntlha ea Tsamaiso.  Ke ne ke re, Ntate, u tle u re thuse le Tafole ea hau re tle re qetele taba ena ea Tabling of the Subordinate Laws. 

Kannete ha rea e fera hantle, Ntate.  Ke kopa Tafole ea hau e tle e u thuse hore ba tle ba shebe Standing Order No. 65 (2), moo litaba tsena ha li behoa li tolokiloeng hantle hore; the Hon. Minister moo a leng hona teng, (‘me e tsamaea le litaba tsa Morena oa Thaba-Bosiu) o tla phahama moo a leng hona teng, ebe oa bala.’ Ka Senyesemane ho itsoe:

“when called by the President the Minister shall rise in his or her place and present the subordinate law by laying a copy of it on the Table.”

To present is to share your views either in writing or by speaking.

 Ke ne ke kopa, Ntate, hore lekhetlong le tlang re tle re e nepe.  E etsoe present hore mohlomong joaloka ha u entse, ‘me ka nepo, u fane ka mahamo a tseo u neng u li utloisisa, Ntate, hobane ena ea Food Fortification eona ea Lekala la Bophelo ha u tsebe le uena, mohlomong ha Matona a ka etsa joalo in future, e tla re thusa, ho etsahale joalo pele e fetela Komiting ea Ketsa-Molao. 

MR. VICE-PRESIDENT:  E hlakile, Setho se Khabane.  Joalo ka ha ke ile ka cho, ka ‘nete e se e ntse e le hore re ikeletse hore from now on, ha ho tl’o etsoa table the Regulations ka mona, re tla lebella hore re be re fuoe le brief re tsebe ho ba le kutloisiso e tebileng ea litaba tseno, re se ke ra         emela mohla Komiti e tl’o fana ka Tlaleho ka Ntlong ka mona, hobane nakong eo Komiti e tl’o fana ka Tlaleho, e fana ka mahamo, e fana ka litaba tseno ka botebo.

HON. SENATOR S. NKUEBE: Kea leboha, Mohlomphehi Vice-President.

HON. SENATOR M. MOTSAMAI: Point of Order, Ntate Vice-President.

Motho ea buang o bua a le hokae?

Joale re tla sebetsa joang le uena, Setho se Khabane?

MR. VICE-PRESIDENT: Tsoela-pele …

HON. SENATOR M. MOTSAMAI: Point of Order, Mohlomphehi Vice-President!

A VOICE FROM BEHIND: Point of Order in the sense. ’Na ka ‘nete, Ntate, ha ke kopa Point of Order ua nkhanela; joale ke se ke tla e sebetsa joang kamoso, Ntate?

MR. VICE-PRESIDENT: Tsoela-pele, Setho se Khabane.

HON. SENATOR S. NKUEBE: Kea leboha, Ntate Vice-President.

 Ke hlomphe Letona le Khabane le Litho tse Khabane.

E-e ho ne ho e-na le taba ea hore Mohlomphehi Letona la Temo o tla tla a etsa Polelo joale ke bona Ntlo e koaloa ho se nko ho tsoa lemina. Re shebile hape hore mohlomong ke nako ea ho lema ho ba bang, joale ha Polelo e sa be teng tjee re ntse re lebelletse ha a etsa Polelo re tla be re se re bua ka menonts’a le tse ling tse hlokoang! E be re e lebelle neng Polelo eo, Mohlomphehi?

Kea leboha, Mohlomphehi.

MR VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Morena oa ka oa Liphakoe.

Ho joalo hore Ntlo ena e ne e ile ea etsa tlhophiso hore Letona le Khabane la Temo le Kanetso ea lijo le tl’o tla le ba ka mona ho tla araba kapa hona ho etsa Polelo ka taba ea tlhophisetso ea Temo ea Lehlabula.

Ha a ka ba a qetelletse a bile teng nakong eo ho neng ho etsoa tlhophiso. E ‘ngoe ke ena eo ho ileng hoa fumanoa hore o ka ntle ho naha. O ile a sitoa ho tla.

It’s so unfortunate hore ebile Ntlo ena e Khabane ke ena e ea koala kajeno re e-s’o ka re fumana litaba tsa Letona le Khabane la Temo, haholo hobane ha le fihla hae mane le il’o botsoa lipotso tse ngata tse amanang le litaba tsena tsa temo.

‘Nete e salang e ne e ts’oanetse hore ho bile joalo; unfortunately, ke mona re bile rea koala a sa ka a ba teng. Empa hee taba eno e se e sa phethahala, Bahlomphehi Litho tse Khabane.

E leng ho re leha e se e tla be e le too late o se a tla tla a re hlalosetsa hore na ke ka mabaka afeng a ileng a sitoa ho tla le hore na joale litaba tsena li tla sebetsoa joang.

Mohlomphehi Seabata Motsamai, ke ntse ke hopola Ntlha ea hau ea Tsamaiso. Ke ne ke re ke u lebohe hore u ile ua nthusa hore Setho se Khabane se neng se bua se le sebakeng seo se neng se sa lokela ho bua se le ho sona – Kaha o lula setulong se ka morao, ke ne ke bona eka o ntse a le moo ho nepahetseng. Ha ke tsebe hore na u ntse u tsoela-pele ka Ntlha ea hau ea Tsamaiso kapa e ntse e le eona eo?

Next Item, Mr. Clerk.

MOTION

MR. VICE-PRESIDENT: Mohlomphehi Letona le Khabane ke kopa u re tataise.

PROCEEDINGS ON SUBSTANTIVE BILL AND MOTIONS

MOTION

MOTION 38: ADJOURMENT SINE DIE.

That this Honourable Senate when it rises today, Thursday, 20th November, 2024, it do adjourn sine die.

HON. SENATOR M. MOTEANE: Kea leboha, Mohlomphehi.

Ke ema mona ke hlahisa hore Ntlo ena e Khabane ea Senateha e phahama kajeno, Labone la la 28 Pulungoana, 2024, e phomole ho sa boleloe letsatsi la ho bula.

Mohlomphehi, hona ho tla fa Litho tse Khabane nako ea hore li ke li il’o phomola kamor’a mosebetsi o matla oo ba o entseng selemong sena, haholo hobane ke nako ea ho ea masimong moo ba bang ba rona re seng re jetse e se e le ho ea hlaola, ha ba bang re ntse re phethotse re e-s’o jale, re ntse re emetse menonts’a.

Tabeng eona ena ea menonts’a ke be ke re ke utloile hore bahlanka ba re hlaloselitse hore li-truck li se li ntse li le tseleng e tlisang menonts’a, ‘me haufi menonts’a e tla be e le teng.

 Bahlomphehi, re tle re tsebe ho e lata litsing moo e tla fumaneha teng, re bone hore rea jala, lijo li be teng, bana ba khore!

Kea sisinya, Mohlomphehi.

HON. SENATOR K.L.K. THEKO: I am compelled to do that, Mohlomphehi, ha se le taba ea seniority, ke taba ea hore leha a buile taba e ne eka re ka hana ho koala, hobane re na le mabaka a phelang a hore re bona minister… eena a bua in good spirit hore re eeng hae re il’o lema, but taba ke hore na re il’o lema eng, k’ang? What is there?

Ebe Tona-Kholo ha a re re il’o kopana le eena re le Ntlo ena kajeno, ebe re ke keng ra mo kopa hore a ke a re hlalosetse hore na o ntse a hopola joang ka temo haeka o lebetse ha kana-kana ka motho oa hae Minister Mofosi?

Mr. Mofosi ea hanang le ho itlhahisa kahare ho Ntlo ena ho tla re bolella ka taba ea tsoelo-pele holim’a taba ea temo.

Leha ho le joalo mosebetsi ona ke oa Letona le Khabane; o phetha ka nepo hore a hlahise kahar’a Ntlo ena hore re bue ka taba ea ho koala.

Litaba tsa rona li ngata haholo tseo re li sieang selatsa, tseo re neng re hopola hore re tla be re se re li sebelitse re le Ntlo ea Senate ho tlatsana le Ntlo eane ea Bakhethoa.

Takatso ea motho ke hore ekare re ka kopana re le Ntlo ea Senate le ea National Assembly. E ntse e le ntho eo re ntseng re e sebetsa har’a tse ling hore ho be le mokhoa oa A Joint Siting le ho etsa exchange litaba.

Ha re bolele hore e be sa le re bua le ‘Muso, empa Opposition le eona e lokela hore re bue le eona re ke re shebisane litaba, hobane leha e ba re ke keng ra ratana empa joale re behiloe ‘moho ke molao oa Lesotho hore ntlo ena e tla bitsoa Paramente leha e ka ba le likamore tse peli tse fapaneng, ‘me ts’ebelisano eona e ea hlokahala ka ‘nete.

Motho u khathetse ke ho bua ntho e le ‘ngoe ha ho tluoa litabeng tsa ho lokisetsa naha ena hore khotso e-be teng. Ha rea lokela hore re il’o lata lintho tse ka tlohang tsa re senyetsa khotso ka ts’obotsi ea ho bonts’a matla a rona hore re na le matla a ho lokisa.

Ho senya ka ‘na (ho na le taba eo ke batlang ho kena ke e qopetsa; eleng taba ena ea ho tloha ha Professor Mahao kahar’a Puso ke taba e mpe ka ho ‘na) e ne e ka ho ka bo ho ile hoa lokisoa…

A VOICE FROM BEHIND: Ha na ke motsoall’ao?

HON. SENATOR K.L.K.THEKO: E, ke motsoalle ebile ke motsoala.

Motho o ne u ka sheba hore, banna, e ne tla ba hantle hakaakang ha Ntate Phapano (ke hore motho a ka bitsoa Phapano a baka phapang?) ha a ne a tlositsoe moo e be ho tsoela-pele re ne re sa tl’o fa batho ba bang monyetla oa ho tla tla luba Puso ena.

Mona ekare re besa mollo ebile rea o butsoela hore batho ba sa batleng Puso ena le batho ba bang ba ba tlatsang hore ha e batluoe ba tle ba fumane monyetla oa hore joale ba il’o iketsa gang up ba tl’o loants’a Puso.

Ekare Tona-Kholo ha ke ne ke mo letsetsa a ka be a ile a nkaraba joale ha a sa nka li-call tsa ka… (laughter) hobane ke ne ke tla re ka ‘nete…

A VOICE FROM BEHIND: Ke e joang?

HON. SENATOR K.L.K. THEKO: A-e, bo! Che, kea tseba hore – ua tseba motho eo ho thoeng ke Abraham Lincoln o ne a bolelehore if you want to test the character of a man, give him power, hobane motho leha a ka ba le tsebo le botle Molimo ha o qala o mo fa matla feela motho eo oa fetoha.

Takatso ea ka e ne e le hore nkabe ke ile ka mo eletsa ka re, ae, Mofokeng e motle, se ke ua leleka Mofokeng eo leha a ka ikhants’etsa uena, hobane uena u ka holimo.

Morena Moshoeshoe I o hlotse lintho tse ngata ka ts’obotsi eno. Ke ne ke bona a le joalo le eena (ebile o joalo) empa joale taba ke hore ha u na le batho tafoleng ho na le batubi ba khotso bao u phelang le bona ba tla re, no! U se u etsa tjee ka matla a makaale-kaale, a senyekhe-nyekhe! Tebela Motho enoa, mo rahe, e re a tsamaee! Smoke him out! Put him out!

Joale ebe he is put out, but taba ke hore na moo a il’o pota teng le bakhotsi ba hae ba il’o etsang ho tla tla etsa destabilize this Government. Ho na le batho ba sa boneng!

Hona tjena ho tletse, empa ha ke bone motho ea makalletseng kapa ea ts’abang ketso ena. Kaofela hoa bona ba e opela liatla hore e nepahetse, o mo laile, empa the consequences might be very bitter!

That is a painful issue! Joale ke rata hore ke bue ka eona, hobane I would wish hore ebe e sebelitsoe ka tsela e ‘ngoe, hobane we look at the bigger picture, Letona and a Principal Secretary! If you remove a partner in your core legend, at the expense ea hore you keep Principal Secretary just because u re Principal Secretary eo ke ea hae joale ke khorameli ea kokotane boko sa e-shoa le lenono –  what a decision!

Che, o tla ke a nqoqele ha re kopana ebe ke re, “Mofokeng, u ne u etsets’ang tjee?” Empa hee, ke litaba ke ne ke re ea hae – We don’t know hore na kamora’ Christmas batho bano in the opposition ba il’o etsang ho hlokisa Puso ena botsitso. Joale e tl’o ba rona ba mathatang ho qekisa batho hobane re sa batle hore Puso e oele. Hee, re sotlehile leha re sa mameloe!

Empa hee, Bahlomphehi ba ka, taba ke eo le le Marena. E sebetseng ka tsela ea khotso ea hore ekare ho ka lokisoa ka tsela e ‘ngoe. Le ba nang le merero ea ho batla ho tla hlokisa Puso ena botsitso.

Na every two years or three years re tla be re sa le re ntse re ba le mebuso e oelang! Che, mohlomong ke hobane lona you will always come back, empa taba e kholo ke stability le progress ea naha. Sechaba le bosebeletsi ba sona, ke tsona litaba tse kholo tseo re li etsang, hobane ka ‘nete leha u ka ba tseba lipolotiki empa ha u na le batho ba bang ba tla u joetsa hore, ae, etsa tjena se ke ua etsa tjena u keke ua nepa ka linako tsohle leha ho ka ba hoa thoe you are a good person.

Che, ha ke re he is good! Mohlomong o mobe ke hona re tla ‘mona ha e se e le eena Prime Minister tjena.

Ke ne ke re, Bahlomphehi ba ka, kannete ha re eeng hae, hee, re il’o phomola. Re khutleng kaofela. Re se ke ra sebelisa – hobane joale ke ee ke bone eka Christmas – Motho eo ho thoeng ke Farcan o re ha ho na ntho e songoang joaloka tsoalo ena ea Morena Jesu, hobane ke nako eo batho ba ithaburanyang haholo ka botaoa le ka ho khanna hampe. Ho etsoa lintho tse mpe ka tse kang ho khanna ka lebelo le holimo –  ho febuoa haholo le ho etsa lintho tse mpe ka linako tsohle ha ho uoa Keresemeseng. U ipotse hore na, banna! Nako ee ke nako ea tsoalo ea Morena oa rona na? (Laughter)

Tsoalo ea Morena Jesu e ne e lokela hore (ho batho ba lumelang ho eena) ba e hlomphe; joale ho taoa Bakreste ho feta batho bohle… (Laughter)… they drink a lot, ba feba a lot… (laughter)… ba etsa lintho tse hlabisang lihlong!  Ekare Molimo a ka re thusa hore re ke re lemoheng. A muslim e bua ka hore batho ba tlontlolla Bokreste –ebile o bua le ka taba eno ea ho etsa sefate se mona se khabisoang hore taba eo ka boeona ke taba e ka thoko ho Bokreste ba Kreste mora oa Molimo.

 Joale hee, ha re eeng hae! Ha re khanneng hantle re tsebe hore sechaba sena se re etsa value ha re le tjena kaofela; whether you are a chief or you are just a Senator, do not overdo things. Leha u noa u noe hantle u lekanya. Le eona nama e ea bolaea, ea kulisa. Le eona nama rea tseba hore you are going to over indulge, empa re tlameha re be hlokolosi, Bahlomphehi ba ka, hore na re e ja ka tsela efe, hobane lingaka li se li ntse li khalemella over indulgence on meat, haholo the red meat.

Ke ne ke re, Mohlomphehi, kannete le uena re u lakaletsa phomolo e monate, le lona moo at the Table, lona beng ba rona, kantle ho lona ts’ebetso e kaba bolutu haholo malebana le katlehiso ea eona. Ka hona, re re tlohong ka mafolofolo, le lona le ipaballe ha le khutla le khutle le ntse le le in one piece.

Kea leboha, Mohlomphehi oa ka.

[liatla]

MR. VICE PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane le uena Morena oa Thaba, ka litaba tsena tse behiloeng ka makhethe haholo ha u tlatsa, ntate.

Question proposed

HON. SENATOR R. P. L. PEETE: Ha ke u lebohe, Ntate Vice President.

Ntate ke ema mona ke tlatsa Tlhahiso ena ea Mohlomphehi Honourable Minister ea hore Ntlo ena e Khabane e ke il’o phomola, Bahlomphehi ba ke ba ee masimong.

Ke ne ke re, Ntate Vice, ke u hopotsa taba eo ke tsebang hantle hore ua e tseba; motho ha a phomole, ha e le hantle motho o phomola ha a se a ithoballetse boroko ba ho qetela. Hona joale tjena re lokela hore re ee re il’o sebetsa, Bahlomphehi ba ke ba ee ka hare ho sechaba ba il’o utloa litlhoko tsa sechaba ba tsebe ho khutla ba fumane mandate, ho ntlafalitsoe mandate oa bona oa ho tla mona ho hlaha sechabeng.

Ntate Vice President! Ha hona ntho e utloisang bohloko joalokaha sechaba ka hare ho mabatooa a habo rona re ka ra fihla ra khetha motho a le mong re re rea mo roma a il’o bua ka litlhoko, litabatabelo le mathata a rona a ilo a bua Paramenteng, ba bolelle Motlotlehi hore na re le sechaba sa Mats’ekha re re re hloka eng le eng, ebe ha re fihla mona, Ntate Vice, ka bomalimabe bo boholo bo ts’abehang ba batho ba baikhabi, ebe re lebala thomo eo re e ronngoeng ke sechaba.

 Ua tseba nkile ka bona monna e mong (lebitso la motho ke khomo ha le bitsoe) a ronngoe ke sechaba – e le oa le ABC, monna eno, a ronngoe ke sechaba mona Paramenteng hore “monna, tsamaea u ee mane u il’o bua litlhoko tsa rona re le sechaba, re hloka marokho, litsela tse kenellang le mabala a bana ba rona hore bana ba rona ba tlohelle botlokotsebe, ho be le libaka tsa recreation”! Monna enoa ha a fihla mona Paramenteng a fihla a ikhethela ho tlola a tloha ka mane ka moo a rongoeng ke sechaba ka teng a ts’elela ka ‘maleng o mong o sele!

Motho eno ha u ka ua ‘mona, Ntate Vice President, ha u kaba le nako, hobane ke ee ke bone eka u busy, nka rata hore ke u bonts’e eena, lieta tsena sole ena –ka hobane ha ho uoa likhethong tse hlahlamang eaba sechaba se se se ikhula ho eena. Motho eno oa Molimo ke sono ena e ts’abehang… [litseho]! Re lokelang hore re mo thuse, hobane motho enoa ha a sana le lieta and sechaba se ne se mo ts’epa.

Joale ha ba fihla ka mane batho bona bana ba ea lebala. Joale ’na ha ke rate ntho ena ea batho ba ka itebalang, ere ha ba rongoe ke sechaba ebe ha ba fihla ka har’a Ntlo eane ea Bakhethoa ba sechaba ebe ho fihla ho tsekoa botona kaofela. Re ke ke ra ba marena kaofela. Ha hona le mohlang re ka bang matona kaofela ka har’a naha ena ea Lesotho kapa ka Ntlong eno ea Bakhethoa ba Sechaba. Ha hona mohlang bo-ntate Machesetsa ba tla kena ‘musong o mong le o mong e ntse e ba matona. Bohlokoa ke hore ‘na ekaba hore ha ‘Muso o behiloeng ke sechaba o le teng, bo-Machesetsa ba ke ba utloisise hore ba fe ‘Muso ono stability, bona ba ke ba bue ka lintlafatso tseo re ka ra li etsang. Re ke re bue ka hore na ho ka ntlafatsoa thuto joang ea bana ba rona, re ntlafatse bokamoso ba bana ba rona. Re bueng ka hore na re ka kenya li-curriculum life tse ntle molemong oa bana ba rona, re ipapisitse le li naha tseo re bonang li ntse li tsoelapele. Re ke re bue ka hore na infrastructure ka har’a naha ena ea Lesotho e ka etsoa joang, le hore e ka atameloa joang. Re ke re bue ka moruo o tetemang oa naha ena ea Lesotho, hore na ebe ke lintho life, ke maoala afe a ka etsoang. Re ke re bueng ka hore na temo haele mona ho bonahala hore Ntate Motlotlehi ke Champion ea phepo e ntlafalitsoeng hore na re ka atamela taba ea temo joang. Re eletse Mohlomphehi Tona-Kholo le Matona a hae hore re ka etsa joang hore selemo se hlahlamang ho fumanoe manyolo a le teng, lisaelo li se li tletse, re na le lijo tsa the previous year.

 E seng ena ea hore ebe kaofela motho e mong le mong o ipatla ebe letona! Ke mona moo u qetellang u fumana hore le makhotla a kopanetseng puso le party e kholo eo ebang e na le lipalo tse ngata, ba qetella ba se ba hanana ka bobona. U fumane hore batho ba hana moetapele. Moetapele ha a re ha re mo nyahlatseng, ebe le bana ha ba nahana ho tlohella botona ebe ba re, “aekh’ona! Rona re ke ke be ra mo nyahlatsa rona re ntse re tsoela pele le eena”, joale u qetelle u se u bona hore ha ho sa tsebahala hore na mang o batla hore ho etsahale eng.

 Batho ha ba sa mamela moetapele oa bona, goods e se e sa tseba hore na ha e le hantle ka hloohong ea eona ke ka hokae; hore na e ea morao kapa ea pele – e se e ka ntho e kang lekhala, ha u sa tseba hantle hore na e ea koana, hobane ha e sa itseba.

Ha hona mohlang re ka tlohellang hore re hlomphe Chairman ea College. Ha hona mohlang Chairman of College of Chiefs Ntate Khoabane ha a re re etseng tjena ebe ba bang ba ka ikhulela koana ba hana. Haeba re ntse re batla ho nepa, re tsamaee hantle, re eeng pele hantle, re lokela hore ka linako tsohle re utloane ka maikutlo, re ts’oane. Re lokela hore ka linako tsohle re utloane ka maikutlo, re buisane taba ea rona pele, ‘me re tsebeng ho ts’oana molemong oa ponaletso le ho ea pele ho bonaletsang. Re tlameha hore ka litsela tsohle re nene botlokotsebe le bosholu. Bosholu ka mafapa a bona ‘ohle. Re tlohelle bosholu re ke re hahamalleng hore re be le lerato la naha ena.

 Linaha tse eang pele ba batla ho se ichea bobona; ho nahana naha pele, lerato la naha. Ha re sena lerato la naha batho bohle ba ichebile hore ebe barui, ke hore motho a ichebile ka boeena ba hae a le mong…

Ntate Vice President ke batla ho u hopotsa ntho eo ke tsebang hantle hore ua e tseba. Ua tseba le bona ba linaha tsane tse Africa e holimo u tla fumana linyeoe li salane morao, hobane INTERNATIONAL CRIMINAL COURT e batla batho bano ba tl’o tla ba etsa account for. Ha hona motho ea tlatla a etsa lintho tse sa nepahalang tse amanang le bosholu le botlokotsebe a tla felella feela.

Keletso ea ka ho Basotho ke hore, bo-ntate, a ke le tlohelleng hore ebe nako ea bophelo bohle ba lona ka hloohong ea lona ho luma bokeleme, botsotsi le bosholu. Ntate Khoabane u ntse a bua ka hore Basotho ha ho uoa keresemeseng tjena ha hona ntho eo ba e nahanne; ke feela ho ea beta bana ba batho. Ha hona ntho eo ba e nahanneng – ke ho ea lielaka likoloi ebile ba khannisa le batho hampe. Bo Morena Joele u fumane a ntse a khanna hantle ebe setlokotsebe se fihle se mo heletse a il’o oela koana!

Ke qetella ka hore ke re ha re se keng ra phoqang ntate Motlotlehi. Ntate Motlotlehi ka tlhompho oa hlomphuoa ke linaha tsa SADC, ho re, “uena Khosi Rabasotho, re etellepele litabeng tsa phepo,” ‘me ha ba cho joalo tebello ke hore eena ebe mohlala ka naha ena ea hae hore na eena o etsang ka tlhahiso ea lijo. Ka rate ena eo re tsamaeang ka eona re ea mo soetsa. Haeba hona joale tjena batho ba lemang lipoone poone e felletsoe ke nako hona joale, nako ea hore ebe batho ba jala lipoone ba felletsoe ke nako.

E leng ho re re tl’o hloka papa, ha re hloka papa re tl’o tlameha ho tlalatlala le linaha tsena tseo re haisaneng le tsona re il’o batla poone, ‘me ntho eno kannete e ea re thefula, hobane mobu re na le oona o ka lekanang Basotho ho re tlhahiso ea lijo e be teng.

Ha re s’o jale ha re le tjena ho thoe ba hlahelletseng ka likotlo ha literaka li fihla mona tsa lifetlelaese, literaka tseno li fihla li etsoa off-load hore e tlohe ka ho ena ea ‘Muso e kene ka ho ena ea Mohlomphehi ebe o ile ka eona o il’o jala! Ooele! Kannete re kopa mohau.

Re suthumetsoa ke molao hore re le sechaba sa Basotho re ts’ehetse Motlotlehi le welfare ea hae ka linako tsohle, re ts’ehetse the incumbent Government ka linako tsohle. Re lokela re ts’ehetse ‘Muso oa Motlotlehi le Motlotlehi ka boeena ka linako tsohle, empa joale mona moo u fumanang lifetlelaese li fihla li fuoa banna ba leshome feela –  the rest, sechaba sena sa Basotho ebe ha se na letho, ebe mobu o il’o lala hape-hape, Ntate Motlotlehi a ntse a etsa boipiletso, a bua le rona hore, e-eang masimong ho se kebe hoa eba le mobu o lalang! Ebe re fihla re soetsoa ka tsela ea sebopheo see!

Ke ho re Ntate Tona-Kholo ke Tona-Kholo e bohlale ka mokhoa o makatsang ea moikokobetsi eo! Joale empa ho bonahala a sitisoa ke banna bana ba kang eena Letona lena la Agriculture. Ha hona mokhoa oa hore ebe nako ena ekaba ea otla ebe kannete Basotho ba ntse ba sokola manyolo le hona joale. Batho bao re neng re ntse re re ba fosa, ba hata pina ka leoto lesele, ‘na ebile ke bona eka ba ne ba le betere. Kannete batho bano ba fetileng ba neng ba le basehla ba le bakhubelu ba ne ba ntse ba leka ebile ba ne ba le matla haholo. Hei! Joale Ntate Leabua ha ke sa bua! Hothoe o ne a le sekhahla haholo.

Ke ne ke re, Ntate, ha ke feta ho eno-che, kea bona ha ua mo nka motho eane. Ke bua ka ea ho qetela joale, Ntate Vice President, ke ea…

MR. VICE PRESIDENT: Ee! Qetela, Morena oa ka

HON. SENATOR R. P. L. PEETE: Kea leboha, Ntate.

Ea ho qetella eo ke buang ka eona ke ea li-reform. Re lula ka linako tsohle, Ntate Vice President, re le teng lenaneng la lipuisano ha linaha tsa SADC li il’o ba le likopano tse kholo tsa boleng bono, ebe Lesotho le fihla le beoa ka holimo-limo mane, eba topic hore na batho baa, re itse rea ba thusa, re senyehetsoe ke lichelete le nako, re ntse re romella batho ba rona bo Ramaphosa le ba bang hore ho tl’o lokisoa taba ea Li-Reform.

 Ka ‘nete ke etsa boipiletso ho ‘Muso oa heso, ebile kea tseba ‘Muso oa Motlotlehi ka Ntate Matekane ba ea leka.

Batho ba na ba Opposition. Ntate Khoabane, bo Ntate Mokhothu ke bona ba hanang. Joale batho ba na ba Opposition ha ba tlohelle ntho ena ea hore ebe sale re senyetsoa botsitso ba naha ena. ‘Na ke etsa boipiletso, Ntate, hona joale tjena, ke bua le Sechaba sa Basotho, ho re Sechaba sa Basotho, lemohang hore na batho ba re senyetsang botsitso ka hare ho naha ena na ke bo mang.

 Batho ba re senyetsang khotso ka hare ho naha ke bo mang? Ke batho bana ba lipolotiki, haholo-holo Opposition! Ke bona batho ba senyang hore ebe naha ena e ba le botsitso, hore ebe naha ena eba le Puso e tla etsa hore le bana ba rona e tle ere ha re se re le sieo lefatšeng lena le ka koano, ba tle ba hopole hore era ea batho ba itseng ho ile hoa ba le puso. Ka ‘nete rea kopa ha ho seke hoa etsoa mantloane ana, a ntseng a etsoa.

Hona joale tjena Ntlo ena e Khabane e hlahisitse Litlhahiso tsa eona hore na rona Likhothaletso tseo re li etsang na ke li fe. Ka hare ho tse ling, re itse re kopa hore ho be le Paramount Chief, ‘me re na le mabaka ao re chong joalo ka ‘ona, ao re reng ho be le Paramount Chief.

Ka hare ho tse ling, re buile ka taba ea hore bona batho bana ba li PS ba be mono ka li-merit; eseng motho a tle a hula motho oa hae, ebe ke PS ea hae, ke motho oa hae, hobane ba haila Lebatooeng, ‘me u fumane ele motho ea selehe mono Lekaleng. Re fihla re pharoa ka motho mono a tsoang polotiking!

Re re batho ba na bao eleng li-PS, ka hobane PS ke the engine kapa ke the backbone ea Ministry, re re PS ebe motho ea tla lula mono a sa fetoloe le li-party ha li ntse li fetoha, le Mebuso ha e ntse e fotoha, ele hore a tsebe ho utloisisa tsamaiso ea Lekala le joalo.

Mona moo u tla fumana motho e mong le e mong a itlela le PS ea hae, joale ere ha ba qabana le PS ka litaba tsa bona tse personal, na ka ‘nete, Ntate Masupha, ekare ha re itsekela litaba tsa rona tsa setsoalle sa rona mohlomong le bokhotsi ba rona, e be ho thoe ke tebeloe, haeba ke le PS ea hau? Na, Ntate, ka ‘nete re tla be re nepa hore ere haeba re qabana –  ke ho re joale ka litaba tsa rona tse personal kantle koana, ebe ha re fihla kamoo ka Pusong ke le PS ea hau, ka ‘nete le ‘na ho thoe joale ke jare mekoatja ea ka ke tsamaee?

Ka ‘nete ke re, Ntate, (Interrupted)…

MR. VICE-PRESIDENT: U setse ka 30 seconds, Morena oa ka!

HON. SENATOR R. P. L. PEETE: Ke se ke etsa plea, ke etsa thapeli, Ntate, ho ‘Muso le Opposition, ho re ba ke ba tšoarane ka matsoho. Ua tseba, Ntate Vice-President, mona Paramenteng mona ha esale ke fihla, ke hlokometse ha ho na Maparamente a Opposition le a ‘Muso a lumellanang ka ntho e le ‘ngoe. Le ho ka thoe ho etsoe tsela, leha ho ka thoe ho ahoe airport e ncha, lintho tse ntle tse ka buuang ke ‘Muso, ha hona mohla ‘Muso o lumellanang le Opposition. Opposition e lula e hana ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe eo ‘Muso o e buang leha ele ntho e ntle. Ntho eno Sechaba se e hlokometse.

Rona Matšekheng mono re e bone hore batho ba na ba Opposition ha hona ntho eo ba e lumelang. Ba lumela feela mohla ho ka thoeng ho eketsoe chelete. U tla utloa, ba re: “heee, rea tlatsa”; e le ha ho thoe ho eketsoe chelete. Hona joale tjena ho ne ho hana Morena oa ka oa Leribe ha ho thoe Maparamente a ekelletsoe ka M5, 000.00, empa kaofela batho bana ba ne ba lumellana ebile ba ja lunch ‘moho. Che, ‘na ke ne ke itholele!

 Kea tlatsa, Ntate, hore Ntlo ena e Khabane e phomole.

MR. VICE- PRESIDENT: Litaba tsena tsa hau li monate haholo Morena oa ka, empa ka bomali-mabe ha ba ea u kopela hore u ekelletsoe nako, leha ke se ke tlotse Molao. U ile ka nqa eane ho nako, Morena oa ka oa Lioli.

HON. SENATOR S. G. MASUPHA: Kea leboha, Ntate Vice-President.

Ke ‘nete re lokela hore re koale ho latela Calendar ea Paramente. Feela ke lumela hore Ntlo ena e utloile ebile e ntse e utloa hore ho na le lingongoreho tse ngata, tseo ho bonahalang eka ekare ha li ea tšoaroa hantle.

‘Na eo nka e supang feela ke ea hore, Mohlomphehi, ha ho na ntho e re khathatsang moea, e re khathatsang likelello joalo ka ha re tloha hole. Letsatsi le leng le leng ke tloha Lioling ke tla mosebetsing mona – joale e re ha ke fihla mona ebe re fihla re kena, Mohlomphehi, ha re fihla ebe re fihla re etsa Thapelo, ebe ho thoe ke mosebetsi oa letsatsi. Ua utloa ho re na ho na le mesebetsi e mengata hakae, ena eo re ntseng re bua ka eona, e neng e lokela hore ebe e hlophisitsoe!

‘Me ke beha molato ho Tafole ea hau, hore kea bona hore ha e hlophe lintho hantle, ‘me ha Tafole e sa hlophe lintho, e tl’a be esale ho etsoa Thapelo, re kena re etsa Thapelo, ebe rea tsamaea. Mohlomphehi, taba eo ha re khutla e lokela hore e ke e shejoe ka leihlo le leng ho re e tle e se ke ea etsahala.

Bahlomphehi ba se ba buile ka litaba tse ngata, empa ‘na ntho eo nka buang ka eona, Mohlomphehi, ke ea ho re ke ne ke entse Tlhahiso hona ka hará Ntlo eona ena, eo ke e entseng ka sebopeho sa Potso. Ke ne ke entse Potso, Mohlomphehi, eo ke neng ke bona, ebile ke ithutile hore mane Lekaleng la Home-Affairs ho na le tšebelletso e bohla, eo khiro ea teng e bonahalang e sebetsa ka tsela eo eseng ea Molao, leha ka bomali-mabe ke ile ka bolelloa ke eona Tafole hore DCEO[DIRECTORATE ON CORRUPTION OF ECONOMIC OFFENCES] ese e kene litaba tse joalo

‘Na ke ntse ke na le khang, leha ho thoe DCEO e kene litaba tsena, hore DCEO ha se Paramente. Paramente e lokela hore ebe le litaba tsa eona, ele hore litaba tsena li tle li tsebe ho ea kopana pele mane moo li eang teng. Joale ke se ke koalletsoe kantle, ho re litaba tsena tsa ka ke seke ka tla li beha ka mona, eleng taba eo ke utloang eka ekare e hlokela beng ba sello toka.

Ha ele mona litaba li le tjena, Mohlomphehi, ka moso li ke li tšoaroe ka tsela e nepahetseng. Rea tla letsatsi le leng le le leng, re tla mosebetsing mona, ‘me ha re tla mona ho na le tsela eo re e fuoeng ea hore re tsebe hore re tšele likoloi, ha re ntse re tla mosebetsing mona. Ha ke tsebe hore na re e qetetse neng chelete eno ea li-allowance, ea hore re ‘ne re tsebe hore re fumane lunch. Ene e etsoa ka sepheo taba eno e ne ese favour. E ne e le tsela eo motho ha a le mosebetsing, a etsa qualify, ho re a e fumane. Joale empa e se ele likhoeli tse ka bang ‘ne, (‘na ke ntse ke li bala, li ka ba ‘ne kapa tsa ba tharo) re se re sa fumane li-allowance tseno tsa rona. Rea ipotsa hore ho ntse ho etsahala joang ka tsona! Taba eo ha eke e tšoaroe hantle, Bahlomphehi ba ka.

Joaloka ha baheso ba se ba boletse, Mohlomphehi, hore Ntat’á rona ke Champion malebana le litaba tsa phepo, empa ‘Muso ka Lekala la Temo o bonahala o sa tsebe ho etsa plan. Mona empa feela ke re it is poor planning, ‘Muso ha o etse plan hantle, hobane ke lumela hantle hore selemo se seng le seng hoa tsebahala hore ka khoeli ea bokana temo ea ntho e itseng eba teng. Empa ka bomali-mabe ua utloa hothoe ho ile hoa etsoa li-estimate tse tlase.

 Rea tseba hore na temo e fuoe Chelete e ngata hakae, hore naha ena ea Lesotho e tsebe ho phela, empa ka bomali-mabe ho bonahala lintho tseo li sa etsahale. ‘Na ke le tjena ke phofu ea boemo bono; le ntse le otla ebile le pheella ho ‘na. Hona joale ke na le masimo a ka a mabeli, a sa phetholoang ka lebaka la hobane batho ba ka ha ke ba roma ba re peo ha e eo, manyolo ha eo. Ho thoe re ke re eme ha ‘nyane! Na ebe ke planning ntho eo, Mohlomphehi oa ka?

Rea phomola, empa ho thoe re il’o sheba ka letsatsi le etellang pele tsoalo ea Morena oa rona Jesu Kriste. ‘Me re ea likerekeng, oee!  Ho nepahetse ka ‘nete, empa ha u ea kerekeng pelo ea hau e thulame ele hobane u sebelletsa Sechaba, ka ‘nete taba eno ha e monate.

Mohlomphehi, ke qetella feela ka ntlha ke ena, ha re le kahare ho mosebetsi ona oa Paramente, ena e bitsoang Senate, (ke ee utloe batho ba bang ba ntse ba re ke Senate! Senate hase Paramante! Batho ba bangata, ehlile ekare ntho ena ese e metse ele joalo Joale, ‘na ke re ka hará Paramente ena e bitsoang Senate, eleng Paramente eka holimo) Ntlo e ka  holimo ka hare ho naha ea Lesotho, re ile ra tšepisoa ha Paramente ena e buloa hore re tlohelle Bahlomphehi ba rona ba fihlang ba fumane li-I-pad pele! Ke mona selemo sea fela –  li kae, Mohlomphehi? Li kae li-I-pad tseo, haele moo ebile re tsamaea li-I-pad li le sieo? Wifi e tsamaea e ba teng, e tima! Ho etsahala eng ka hará Ntlo ee?

Bahlomphehi, ke ‘nete kannete ha re phomoleng, re ntse re le lipelo li thulameng tjena. Re tena re qetella ebile re ea ho Mohlomphehi Tona-Kholo hobane lipelo tsa rona li thulame ke taba ea li-Reform tsena tseo bo-mphato oa hae, ba na ba Opposition, ba li lahlile kaofela lintho tsa Basotho. Ha ho na letho leo ba nkileng!

Joale hothoe li-Reform tsee li etsoa Reform for Bahlomphehi, ha li etsetsoe Basotho? Batho ba ne ba re utloele bohloko, ha re tsoa, re il’o bolella Basotho, re ba bolella hore, lea bona hore na batho bao le reng le ba khetha mehla ee, ho re na ba sebetsa joang?

Eaka re ka be re fana ka pel’a Basotho hore litaba tsena ha li tsamaee hantle, Mohlomphehi.

Le hona joale ‘na ke bona lintho tsena li ntse li ipheta ka Puso ena eo re neng re e tšepile haholo, re lumela hore ke batho ba bacha, bao ebile ba qalang ho kena ka hará Puso –  ebile ke bahoebi. Empa re bona ka ‘nete lintho li ntse li senyeha feela.

 Mohlomphehi, ese eka Puso e ka itlhahloba, e itlhahlobe e bone hore na ho ile hoa senyeha hokae, mona moo ho ntseng ho uoa teng.

Ka hona, ke re, Mohlomphehi, ha re phomoleng, re tle re bone hore na ha re bula selemo, na ho tla etsahala liphethoho tsena tseo re buang ka tsona.

 Kea leboha, Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa ka oa Lioli, litaba tsa hau boholo ba tsona ke bone eka ehlile li tobile Tafole kapa li tobile Setulo, ‘me kea kholoa li hloka hore re li hloka hore re li otlo-otlolle. Ha li ts’oane le tsa Morena oa ka oa Mats’ekha le hoja ho na le taba eo  ke neng ke rata hore ke etse comment ho eona, e kholo eo a e buileng Morena oa Mats’ekha, moo a neng a bua ka hore e mong le e mong o batla ho ba Letona. 

Joale ke re re nakong ea Reforms, ha re ka hloloa hore Reforms li etse address problem eo, ka’nete re tla be re sa etsa letho, ‘me Litho tsa Ntlo ena e Khabane li na le taba tabeng eno hore na taba eno e ka sebetsoa joang. Feela joale e bonahala ka bomalimabe e sa amohelehe. 

Che, ke ne ke re ke se ke ka lula ho tsona haholo, hobane o ne a bua ka litaba tse akaretsang haholo, a sa bue ka litaba tse hlileng li tobileng Setulo.

Ke ne ke re ena ea ho tla koano Ntlong, ebe ho fihloa ho rapeloa, ‘nete e salang ke bone e sa etsahale haholo lekhetlong lena, feela he, ke lokela hore ke mpe ke lelekele litaba tsena. Likarabo tsa ka ke hore ha rea lokela hore ha Litho li supa liphoso, ebe re badefensive, hobane motho ea defensive h’a ithute, o leka hore ha a na liphoso. 

Ha u le defensive u koala mamati, u koala litsebe, u koala mahlo, u sitoa ho ithuta habonolo.  So, ha le supa liphoso re ts’oanela re li mamele.  Empa ho na le lintlhanyana tseo re ts’oanelang re li otlolle – feela litaba tsa hau re li utloile kaofela.  Re li nkile, Morena oa ka.

Ke ne ke re ena ea ho rapela, hantle-ntle Paramenteng mona boholo ba business ea Paramente e etsa emanate from puso, mohlomong e sebetsa ‘moho le bona Boetapele ba Ntlo.  Ke litaba tse etsang emanate from puso, hobane Paramente mosebetsi oa eona o moholo ke ho etsa melao, ‘me melao e kolla from Executive, joale ebe rona ka mona re se re tl’o e etsa review. 

Ke ‘nete hore re ntse re na le mosebetsi oa rona oa ho etsa litlhahiso, re ntse re na le mosebetsi oa rona oa ho etsa oversight, oo ke eeng ke bone re ntse re o etsa ka makhethe a maholo haholo.  Feela ke ne ke re we have noted taba ea hau.  Ke ne ke mpa ke re feela ke otlolle taba eno. 

Le ena eo u neng u bua u re u koaletsoe monyetla hore u e sale morao, kapa Ntlo ena e Khabane e sale morao litaba tsa Home Affairs, hobane ho thoe DCEO e se e ntse e sebetsa litaba tseno, hoa fosahala.  Ntlo ena e Khabane ha e ea ts’oanela hore e thibeloe ho etsa mosebetsi hobane ho thoe DCEO e se e ntse e etsa mosebetsi. 

DCEO ke ‘nete hore ke e ‘ngoe ea litsi tse sebetsanang le litaba tsa oversight, empa, hee, le rona re na le tokelo ea ho etsa joalo.  Taba eno ea hau kea kholoa ke hore e tle e shejoe.

Ena ea non-payment ea allowances, re tla ke re e sale morao le Tafole, re fumane hore na ho etsahal’ang, hobane re ne re nahana hore taba eno re e rarollotse, ha ho sa na bothata ba letho tabeng eno. Joale empa haeba bo ntse bo le teng, re tla ke re lule le Tafole, re shebe hore na ebe ke bothata bo bakoang k’eng hore ebe bo ntse bo le teng. 

Feela he, ‘na ha system eno e kenngoa ts’ebetsong, ena ea ho patala, ke hore ha ho kenngoa system e bitsoang IFMIS, ho nts’oa GOLFIS ts’ebetsong, ho kenngoa IFMIS, ke ile ka bona tsietsi, hobane IFMIS ke system e lefifi ka mokhoa o makatsang. Ha u bone letho hore na ho nts’o etsahalang, u bona feela –  ke hore ebile kea kholoa peo masimong koana e betere, hobane peo ha u qeta ho e jala, ha u nts’o ts’ella mono ua tseba hore e tla hlaha kamora’ nako e itseng.

GOLFIS ha u n’o patala motho, u n’o khona ho bona hore na ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe na e boemong bofe.  Le nako eo a fumanang cheque, e ne e le uena ea mo lokollelang cheque, a fihla a e tekena, a ngola nomoro ea hae ea passport, kapa ea ID, ebe oa tekena, o nka cheque eno ea hae. 

IFMIS ha bo-Ntate Molise ba ile ba etsa process lintho mona, ha ho na ntho eo ba e bonang, ho lefifi feela, ba se ba tla joetsoa ke lona mohla le amohetseng chelete.  Ha le sa e amohela, ba tla joetsoa ke lona.

Ka’nete ‘na ke bona ho na le phoso e kholo ka system e lefifi hakaalo.  E ts’oanela hore ebe motho ea etsang mosebetsi a khone ho bona leho tseba h’a patetse motho, a tsebe hore ke patetse Morena oa ka, ke patetse Litho tse Khabane. 

Ena ea hore ebe ba etsa process lintho, ebe b’a li qala, ha ba tsebe hore na Litho li patetsoe, ba tla joetsoa ke bona, ache, ka’nete ke bona e le system e mpe ka mokhoa o makatsang.  It needs to be reviewed, hore motho ea lefang a tsebe ha chelete e fihlile ho mong’a eona.  Ke tabeng eno.

Ea I-pads Mohlomphehi oa ka, ke hlalosetsoa hore le haeba li liehile ho fihla, li teng, ‘me Litho tseno tseo u buang ka tsona ba tla li fumana.  Ho s’o nts’o etsoa logistics mona le mane feela hore li etsoe register, li tle li tsebe ho fihla matsohong a tsona.

Che, ena ea lintho tse lahliloeng ke Ntlo ea Bakhethoa, re se re ntse re tl’o kopana ka tsona, Morena oa ka.  Ke ne ke re ke thetse litaba tseno feela, hobane tse ling boholo ba tsona li shebile Tafole.

Ke kopa hore ke nke Morena oa ka oa Linare, e tla be ese eba ‘M’e Kanetsi kamora’ hae.

HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE:  Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Madam President. 

Mohlomphehi, ha ke batle le ho pheta lifela tse ngata tse seng li ile tsa buuoa kahar’a Ntlo ena e Khabane. Ke mpa feela ngongoreho ea ka e le ha ke sheba taba ena ea Calendar ea Paramente le litaba tse ling tsa melao e hlahang ka Ntlong eane ea Bakhethoa, ho tla ka Ntlong ena ea Mahosana, empa joale u tla fumana hangata re ntse re etsa tsona lithapelo tseno. 

Che, u s’o arabile, empa, Mohlomphehi, ho na le taba mona eo ke eeng ke bone Litho tse Khabane mohlomong ekaba ha ba nkeloe hloohong.  Taba ena ke hobane ha re le Paramenteng mona, re bua litaba tsa Paramente, re etsa melao e molemong oa sechaba tlase mane moo re eang teng mafelo a beke e ‘ngoe le e ‘ngoe, ba ntseng ba ea mahae. 

Ke mpa ke re feela, Mohlomphehi, Bahlomphehi Litho tse Khabane –  haholo ke tla re Marena ana a ka a teng kahar’a Ntlo ka mona, ba bapala role e kholo haholo litabeng tse amang sechaba, ‘me ba batla ba buile ka kakaretso litaba tseno tsa bo-manyolo le temo.

Mohlomphehi, ke kopa nke ke hlahe ka ena, Ntate Motlatsi oa Madam President, ea crime e phahameng hakana-kana, ea Basotho ba shoang letsatsi le letsatsi.  Rate eo Basotho ba etsang kopo ea ho fumants’oa lithunya tse molaong, e phahame haholo. E ne eka puso, kapa ‘Muso o ka sheba hore na taba ena re ka e atamela ka sebopeho sa mofuta ofe. 

Mohlomphehi,…

MR. VICE-PRESIDENT:  Potso ka Morena oa ka oa Quthing.

HON. SENATOR S. NKUEBE:  Kea leboha, Mohlomphehi Vice-President. 

Potso ea ka ho Morena oa ka oa Leribe, ea ntseng a bua litaba tse monate haholo, ke hore na ha a bua ka lithunya tseo Basotho ba li fuoang ka molao, na o ile a etsa lipatlisiso tsa hore na ke tsona tse fanoang ka molao tse ripitlang sechaba see sa Moshoeshoe, kapa ke tsena tseo ho ntseng ho thoe lia nyamela Mapoleseng, tseo re sa tsebeng na li hlaha kae na?

HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE:  Kea leboha, Mohlomphehi, ka potso ena ea Morena oa ka oa Liphakoe.

Ha ke kena ho eona, ke tle ke tsebe ho fetela litabeng tseo ke nang le tsona ke re ke ‘nete lithunya tse nyamelang ehlile ha re mamela li-ea-le-moea, re shebella li-ea-le-moea,pono, hoa hlaka hore li ntse li hlaha mafapeng a ‘Muso, empa rona re le babusi – Morena oa ka, Ofisi ea hau mane Quthing, monna kapa mosali ea phelang tlas’a puso ea hau, h’a kopa litaba tseo, na u utloa eka u tla b’o mo abela toka ha u ka hana, kapa u ka mo fa boeletsi feela hore, ‘ua tseba ka’nete ho latela boemo boo ke bo bona tjee..’?

Ke hobane ba nka re ba hanya! Joale empa ke arabile potso ka hore, ae, ka’nete, li hlaha mafapheng ona ano, ‘me taba ke eane eo re reng na puso e etsang ka boemo boo.  Ke litaba tsane tseo re reng hangata Makhotleng a rona u tla bona li ntse li lieha, ‘me ka mona ka Ntlong re ntse re kopa hore ha ho ka mpa hoa shejoa hore re sebetse litaba tsee tsa linyeoe, ho se ke hoa ba le backlog ea linyeoe Makhotleng mona. Ho na le litaba tse nyane hampe tse ka sebetsoang boemong ba Borena tlase mane, liofising ka ho fapakana, metseng, le libakeng, joalo-joalo – le literekeng.

Mohlomphehi, ha ke feta litaba tsena tsa potso ea Morena oa ka, ke ne ke bua ka taba ena ea lipolaeano le litlhekefetso tse etsetsoang maqheku.  Ke hore, Mohlomphehi, litaba tsena ekare re ka be re etsa focus ho tsona ka matla, ho feta boemo bona boo re bonang bo etsahala, ba hore rona re le baetapele ba sechaba ka Matlong ana a Paramente, u tla fumana re icheba bo-rona ho fapana le ho sebetsa litaba tseno.

Ke bua sena hobane tabeng ena ea Tlhopho-Bocha ka’nete tse ling tsa litaba ha se maikutlo a rona re le Litho tsa Paramente; ke litaba tseo bona baetapele ba sechaba ka mekhahlelo eohle ea bona ea lipolotiki ba ileng ba re ba etsa Potso Sechabeng, ‘me hoa ‘na hoa uoa bo-‘Manthabiseng, ba nka maikutlo a sechaba, ana ao u bonang hore ha feela e se molemong oa bona, ha ho bonahale eka li tla phethisoa.

Ke re taba eo, kea kholoa ka eona re bua ka taba ea Reforms, kapa Tlhopho-Bocha nako le nako tjena hobane naha ena re bona e sa fumane khotso letsatsi le letsatsi, ‘me batho ba sa e fumants’eng khotso ke rona baetapele ba sechaba.  Hoja ra ka ra itlhatlhoba, ra icheba molemong oa khotso ea naha ena le ntlafalo ea naha ena.

Mohlomphehi, taba ena ea bo-manyolo kea e utloa, e, ehlile a hlokahala, feela monna kapa mosali oa Mosotho motseng mane –  ke ho re ke mathata le ho lema poloto feela.  Re tlameha re tle ka tsela ea hore na bonyane boo re nang le bona, meralo… 

Ua tseba, Mohlomphehi, ho na le taba eo u eeng u bue ka eona mehla ee ea National Planning Board, eo ha u ipotsa hore na ebe motho ea neng a re e tlosoe kahar’a Constitution, ebe o ne a e sheba ka sebopeho sa mofuta ofe…  Litaba tse kang tseno, ha re ne re na le National Planning Board, ke meralo eo re reng e molemong oa sechaba, molemong oa naha, ha ho ke ho be le moralo, e le hore all policies tse ka tlang ka mebuso e litulong, ho sa tsotellehe hore na ke ‘Muso ofe o litulong.

Mohlomphehi, u tla ba paki ea ka (kea tseba u kile oa ba Letona) hore linakong tsa lona le mebuso e fetileng –  ke ‘nete ho nts’o na le ts’ebetso e etsoang, feela ka’nete ho n’o le betere halekholo.  Leha ekaba taba ena ea bobolu e ne e le teng, ea li-cheque tse neng li jeoa ke litali, lichelete li ea le metsi –  feela hoja puso ea ka ea leka ho tla ka maano a tla etsa hore sechaba se futhumalloe ke puso ea babus i ba teng ka linako tsohle.

Mohlomphehi, Motlotlehi Rabasotho haeba re re ke Champion ea Nutrition, re le Basotho kaofela, (ha ke batle hore ke ‘ne ke supe mang ka monoana) re le sechaba, re tlameha re tle ka meralo, kapa maano a hore na re mo thusa joang, hore ho bonahale rona re le batho ba eteletsoeng pele ke Champion ehlile re phela bo-Champion bono ba motho ea re etelletseng pele. 

Ka ‘nete ke mahlabisa-lihlong hore ebe litaba tsa naha ena li lula li le melomong ea batho!

Mohlomphehi, ke itse ha ke batle lifela, ‘me ha ke behile hakana ke re linaha…

HON. SENATOR R.P.L. PEETE:  Ke kopa potso pele Setho se Khabane se qetela litaba tsa sona.

 Morena oa ka oa Linare o ntse a ts’oere hantle.  Ke utloile litabeng tsa Setho se Khabane se bua ka hore re ke re etse li-Reform, ‘me re li etse hobane har’a litaba tsena tse ling tsa tsona ke litaba tseo e leng maikutlo a sechaba, hobane ho ile ha ’na ha thoe ho batloa maikutlo a sona, ha potolohuoa, ha uoa le Convention Centre.

Ke botsa Setho se Khabane hore na se utloile hore_ kapa Setho sea hopola hore rona re le Ntlo ena re ne re ile ra etsa khothaletso? Har’a tse ling re ne re ile ra khothaletsa hore Sesole se ikarabelle ho Khosi Rabasotho e le hore se se ke sa ba le ts’oaetso ea lipoletiki, ebe mopoletiki oa ka nako eno o tla laola Sesole, ‘me a se sebelise hampe.  Na Setho se Khabane se ntse se hopola hore re ne re ile ra bua joalo na?  Na Setho ha se utloa molumo oa batho ba lipoletiki, haholo-holo ba Bohanyetsi, ba re Motlotlehi a nts’oe leroleng la likatse, Sesole se se ke be sa ikarabella ho eena?

Ke ne ke batla ho utloisisa – e le hore likatse (haeba Setho se ka ba le any light) ha ho thoe likatse moo ho ipapisitsoe lebo-mang?  Ha ho thoe a nts’oe leroleng la likatse, ebe likatse Setho se bona eka ke bona Bohanyetsi kapa ke ‘Muso, kapa likatse ke’ng? 

Motlotlehi oa rona rea tseba re nka hore o neutral, leha re ikana ka hore ke Motlotlehi oa likereke tsohle, bapoletiki bohle, le sechaba sohle ka ho fapakana ha sona, ka lithahasello tsa sona tsohle, Motlotlehi ke oa rona kaofela, ‘me eena ha a na khethollo kahar’a sechaba sa hae.

Ha ho thoe a nts’oe leroleng la likatse, ebe kelello ea Setho se Khabane e mo fa hore likatse ke’ng, haeba Setho se ka ba le any idea? Che, ha a se na eona a se ke a itlama.

HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE:  Kea leboha, Morena oa ka.  Potso ena ke utloa eka e ikarabile, empa hore ke tle ke e chabise hantle, ha ho thoe leroleng la likatse, it means the very same person a ntse a bua taba eno ea likatse, e leng ho re bapolotiki bana ke likatse.

Taba ena ea Litsi tsa Ts’ireletso tseo se buang ka tsona – ka ‘nete naha e se nang khotso ha se hangata moruo oa eona o ka bang ka tsela e nepahetseng.

Ke ne ke shebile litaba tsa naha ea Switzerland ke bala hore na ke’ng eo mebuso ea naha eno e e etsetsang sechaba, ekaba mafapheng a litsi tsa bophelo, likolo le litsieane tse ling tsa batho ba hlokang mesebetsi. Ke ho re motho u ne u hlolloa ha u fihla u nka litaba tsena joale u li bapisa le tsa haeno Lesotho mona.

Ke ‘nete re naha e ntseng e thuthuha, feela linakong tsa Mofu Morena Leabua –  hobane ke tsona tseo ke li tsebang, ka nako eno ho ne ho na le litaba tse kang matsema.  Taba ena ke eane e tlisang bonngoe ba sechaba.  Bonngoe bono litla-morao tsa teng e ne e le ho loants’a taba eane ea lephako.

Re na le lipehelo tsena tsa Mongoaha-kholo tse ‘ne tse qalang.  Ua tseba, Mohlomphehi, tsela eo Basotho ba neng ba ntse ba ts’oere litaba tseo ka eona ho latela sebopeho le setso ke tseo e ileng eare poletiki joale ha e re Basotho ba ipuse – hantle poletiki ha se ntho ea Basotho, re mpa re e rata rona ba bang bao e ba tsoelang molemo, ba tsekisanang litulo nako ena kaofela, hobane joale e le molemong oa rona ka bo-mong ba rona, kapa sehlots’oana se fokolang ele sona se unang molemo hofeta baahi ba naha ena ka kakaretso.

Mohlomphehi, taba ena eo ke e buang, ke shebile Sets’oants’o sena sa Molao se tsoang ka Ntlong ea Bakhethoa, ha u ka sheba lipalo tseo ho thoeng se fetisitsoe ka tsona, kapa Bakhethoa ba neng ba le teng, motho u ipotsa hore na Bakhethoa ba sheba litaba ka tsela ea sebopeho sefe.

Haeba litaba tsena tsa Tlhopho-Bocha ehlile re kena ho tsona ka ‘nete eohle, re shebile hore na re batla ho fumana melemo efe ka nq’ane, re tlameha ho nka likhato tseo re reng litaba tsena li molemong oa sechaba, ‘me sechaba sena se re ts’epetse hore re sebetse litaba tsena.

Mohlomphehi haeba ho na le litaba tseo ho thoeng li hloka 2/3, tse ling li hloka simple majority, feela joale u bona tse ling tse nkoang – tse molemong oa Bahlomphehi, molemong oa bona e le batho, li fihla li kena ka mono, joale tsena tse ling, che, tsa simple majority, yes, ha re na khanyetso ka tsona, ho na le tse ling tseo re buang ka tsona tse molemong oa sechaba.

 Mohlomphehi, ke tla bua ka taba e ‘ngoe, empa ha ke batle ho bua ka motho ke batla ke bue le eena, ‘me joale Letona le Khabane ke lena le teng.  Ho na le taba ena ea Molao ona oa Bojalefa.  That Act, yes, leha e-ba re ne re hloka chelete, na re ka rekisa bochaba ba rona ka hobane re hloka chelete!  Mohlomphehi, ke kopa u tle u lumellane le ‘na hore letsatsi le letsatsi Marena a ka mona Liofising tseo ba sebetsang ho tsona ho fetisoa bojalefa nako eohle.

I just wonder hore na Master ebe o ntse a e sheba ka leihlo lefe.  Ha u ‘mitse u re a tle ka Ofisi ea hae a tl’o hlalosetsa Marena joale ‘ona a tsebe ho isa litaba ho sechaba, o tla supa mona, a bue hona le hoane.

Mohlomphehi, ke re o hanne mohla Molao ona o qetang ho etsoa.  Marena a mangata ka mona re ne be re lumellane hore re ‘mitse a bue le rona Liphuthehong tsa khoeli le khoeli le Marena a Libaka kapa Marena Lesotho lena lohle.

Mohlomphehi, o hlotsoe le ho re feela – o tla supa hore ha ba na koloi, Bahlanka ba ne ba ile kae-kae! Ke ho re u utloa karabo e mpang e sitisa feela hore a tl’o hlalosa, hobane o ntse a bona le eena hore litaba tsena tsa Molao ona ehlile li ja Basotho ‘metoane.  Kaha ke eena – eena o ithabelletse boemo ba hae.  Ee, o bo fumane boemo bono boo a neng a bo batla.

Ka ‘nete e se eka ha re koala tjena re e’o phomola…

HON. SENATOR S.G. MASUPHA:  Ke kopa potso, Setho se Khabane.

MR. VICE-PRESIDENT:  Litho tse Khabane, ke ne ke re re mpe re sebeletseng hore re phethele, hobane re itse re tl’o hlahloba mosebetsi oane oa rona oo re eang ka oona ho Tona-Kholo.

HON. SENATOR S.G. MASUPHA:  Kea lebohaMohlomphehi.  Na Setho se utloile hore batho baa ba Master bana ba filoeng matla a phamotsoeng ho Marena, hore ba khafisa batho pele ba ka fumana lichelete tsa bona na?  Hape na ke hantle haeba taba eo ke ‘nete?

HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE:  Kea leboha, Mohlomphehi.  Ke araba Morena oa Lioli ka hore taba ena ea ho khafisa ka ‘nete ha ke e-s’o e utloe kapa ho kopana le eona.  Ha re ka bala Molao ono re tla sheba hore na mang o sebetsa’ng; Executor le ba bang, joalo-joalo, e mong le e mong o na le mosebetsi oa hae.

Haeba re sa nke khato ka litaba tsena hore re ke re bone hore na re li atamela joang, re li khutlisetse botsitsong, ruri ke utloa ke lla le Basotho.  Ha ke tsebe hore na ba tlang ebe ba tla sebeletsa hokae.

Ha ke arabile joalo Mohlomphehi, ke re ka ‘nete re ea phomolong, e se eka re ka ipaballang, e se eka re ka ea sebeletsa sechaba.  E ka ba takatso ea ka hore le tsona litaba tsena tseo re ntse re bua ka tsona tsa li-Reform le Molao ona oa Bojalefa, e ka ba ka bo-mong, e ka ba ka bongata, re ka buisanang le sechaba ka litaba tsa Melao ena, hobane Melao ena e ama sechaba – sechaba se be le kutloisiso ea eona, se tsebe hore na se tlameha ho nka methati efe.

Ka mantsoe ana, Mohlomphehi, ke ne ke mpa ke re ke tlatsa Tlhahiso ena ea hore Ntlo e e’o phomola. 

Kea leboha, Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT:  Rea leboha, Litho tse Khabane.

 Letona le Khabane, ke nahana ho na le litaba tse ling tse neng li le on Policy issues,’me mohlomong u ka rata hore pele ke phethela taba ena mohlomong u ke u behe a mabeli, a mararo.

HON. SENATOR R. RAMOELETSI:  Kea leboha, Mohlomphehi.  Ke atlehile ho ts’oara tse ling tsa tsona, ‘me tseo mohlomong ke sa kang ka li fumana hantle ke kopa hore ke tle ke ineloe matsoho metsing.

Ke tle ke nke taba e buueng ke Setho se Khabane Morena oa Lioli ka taba ea Ntlo ea Botlotlehi le Ntlo ea Senate hore na progress e hakae, ba ne ba lebelletse hore mohlomong Letona le ikarabellang le tla be le ile la hlaha ka koano ho tla fana ka hore na mosebetsi o ntse o ea joang.

Ke bonts’e hore Letona le ikarabellang ha le eo ka har’a naha hona joale, empa ke tla fetisa taba ena. Ke kope hore joalo ka ha ke tseba hore o kopile Budget Re-allocation sebakeng sa the Palace, a tle a tle a tl’o fana ka hore na mosebetsi o se o le boemong bofe.  Tebello ke hore na mona Palace o tla qeta mosebetsi ono neng.

Ke kene ho ena ea Calendar ea Meralo ea Paramente.  Ke bonts’e hore, Bahlomphehi, ntho e kholo mona eo ke e bonang ke hore re le Lekhotla la Matona re elelletsoe hore ho na le melao e seng e ntse e lokile sebakeng sa ho kena ka Matlong ana a mabeli, ‘me le melao e meng e tla tla e tsoaloa ke Sehlomathiso sena sa Leshome sa Molao oa Motheo. Re kopa hore re tle re e behe ka mokhoa o hlakileng le lethathamo la teng e le hore le lona le tle le tsebe hore le be le se le nka hona moo lethathamong leo re tla le etsa, le tsebe hore le tle le lokise hore na meralo ea lona ea selemo sena se tlang e tla tsamaea joang ka mokhoa o tla tseba hore re fe sechaba se se lokelang.

Ho na le taba e buueng mona e amanang le tiehiso ea phano ea mesebetsi.  ‘Muso ona, Bahlomphehi ba ka, o ile oa iketa ka hore o tl’o isa lits’ebeletso sechabeng.

Ke bonts’e hore rea elelloa hore ka mabaka a mangata a teng ao re ileng ra fumana –  kea kholoa mebuso e fetileng le oona ona, e le hona ho thibela bobolu licheleteng tsa ‘Muso, melao e teng eo har’a eona ho nang le ona o bitsoang ka hore ke Procument Policy or Procument Act. Banna! Ntho e thata ea    bobolu licheleteng tsa ‘Muso.  Banna! Ntho e thata hakaalo! 

Re ne re leka hore re bolaee bobolure bo felise, empa joale ke eona e liehisang lits’ebeletso, hobane joale li-gate li ngata ho fihlela mane moo u reng joale u tla b’u fumana hore tender e ea tsoa ebe motho o fumana mosebetsi. Le ho qala hono hoa ho qala o fuoa nako e itseng. Ke ntho e liehisang ka mokhoa o makatsang!

Ka mona ka Lefapheng la haeso la Correctional Service re ile ra fuoa chelete ea hore re il’o bona hore re lokisa lichankana tseno. Le tsatsing lena ha re e-s’o qale ka lebaka la hobane joale methati e mengata ea ho qala mosebetsi.

Ke tle ke mpe ke qetelle feela ka ena ea Molao oa Bojalefa, Bahlomphehi. Ena ea Molao oa Bojalefa ke kopa hore e re re ntse re etsa boitokisetso ba hore re tl’o etsa review Molao oo o tle o be le Lihlomathiso tse tla tseba hore li arabe lillo tseo e-bang li teng.

Ke bonts’e, Bahlomphehi ba ka, ka ‘nete ke le motho, ke le e mong oa Litho tsa Ntlo ena, ha Molao ona o ne o tlile ka mona le ile la etsa Lihlomathiso tse ntle ka mokhoa o makatsang tseo leha re ka li nka hona tjena ra li sheba re tla bona hore re ile ra itlhokela toka ha re lahla Molao ono, hobane tse ling tsa Lihlomathiso tse neng li entsoe e ne e le Lihlomathiso tse il’o lokisa tsona litaba tseno. Joale empa ke re, re tl’o tla re etsa Lihlomathiso Molaong ona oaBojalefa hore re tsebe ho ntlafatsa Molao oo o tsebe ho sebeletsa sechaba.

Kea leboha, Bahlomphei,ke le lakaletsa phomolo e makhethe.

(Liatla)

Question put and agreed to

RESOLVED:

That when this Honourable Senate rises today, Thursday, 28th November, 2024, it do adjourn sine die.

MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha Litho tse Khabane.

Ntlo ena e Khabane ea Senate ha e phahama kajeno, Labone la la 28, Pulungoana, 2024, e phomole ho sa boleloe letsatsi la ho bula.

Litho tse Khabane, ke ne ke kopa hore ke nke monyetla ona, hle, hore lebitsong la Setulo, Tafole le Boeta-Pele ke le lakalletse mahlohonolo a mangata a mafelo a selemo le selemo se secha.

Ho se ho buuoe litaba tsa bohlokoa mona tse ileng tsa simolloa ke Morena oa Thaba-Bosiu hore nako eno ke nako eo u fumanang hore re lebelletse hore re tl’o keteka tsoalo ea Morena oa rona Jesu Kreste, empa ke nako e tlisang mathata a mangata, ‘me ka hona ke se ke ntse ke re Morena a tle a le baballe, empa le lona le ipaballe re tle re se ke ra beha Morena tekong ka hore a re baballe empa rona re sa ipaballe. Le rona re tle re ipaballe, re tle re itlhokomele, ‘me kaha re baeta-pele re se ke be ra hlokomela le ho baballa rona feela, re baballe le sechaba sane seo re se etelletseng pele.

Ke nako eo e leng hore tlhokahalo ea bosebeletsi e tl’o tla e phahama haholo, ‘me re se re ntse re ba kopela ts’ebeletso e mofuthu liofising tsa lona ka ho fapana.

Ka mantsoe ana, Litho tse Khabane, ke le lakaletsa mahlohonolo a mangata a mafelo a selemo ‘moho le selemo se secha sa 2025, Litho tse Khabane.

Taba ena e re fihlisa pheletsong ea mosebetsi oa letsatsi lena, Litho tse Khabane,

Ntlo ena e Khabane e tla phomola ho sa boleloe letsatsi la ho bula.

Ke kopa hore ke le hopotse hape hore re tl’o tla re kopana le Molula-Setulo oa komiti ea Ketsa-Molao.

Ntate Motsamai, kea bona hore u ntse u phathahane. Kea ts’epa hore u se u lokisitse team ea hau, Ntate, e tsebe ho tla re beha sehlohlolong ha mosebetsi o se o lokile oane oo re eang ka oona ka mane ka State House.

The House is adjourned sine die.

ADJOURNMENT [SINE DIE…]

There being no further business on the Order Paper, Mr. Vice-President adjourned the House without Question put, pursuant to the Standing Order No. 16 (3).

The House was adjourned accordingly at 12:20 p.m.

.