HANSARD 6/03/2025

OFFICIAL REPORT OF THE SENATE

DAILY HANSARD

6th Meeting – First Session

Eleventh Parliament

Date: Thursday 6 MAY, 2025.

LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG

1.Hon. Seeiso B. SeeisoPrincipal Chief of Matsieng
2. Hon. Joel A. MotšoenePrincipal Chief of Leribe
3.Hon. Sempe Gabasheane MasuphaPrincipal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan
4.Hon. Mamolapo M. Q Majara Principal Chief of Ha Majara
5.Hon. Tumane MatelaPrincipal Chief of Makhoakhoeng
6.Hon. Moeketsi Moletsane IIPrincipal Chief of Taung
7.Hon. Lerotholi Mathealira SeeisoPrincipal Chief of Mokhotlong
8. Hon. Lerotholi L. Seeiso   Principal Chief of Likhoele
9. Hon. Theko D. BerengPrincipal Chief of Phamong
10.Hon. Mojela T. MakhaolaPrincipal Chief of Qacha’s Nek
11.Hon. Seeiso S. H. NkuebePrincipal Chief of Quthing
12.Hon. Nthupi A. Bereng                     Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote
13.Hon. K.L.K Khoabane Principal Chief of Thaba-Bosiu
14.Hon. Mitchel S. MaamaPrincipal Chief of Ha Maama
15.Hon Moholobela M. Moholobela Principal Chief of Matelile
16.Hon. Bereng G. Seeiso Api  Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake
17. Peete Lesaoana PeetePrincipal Chief of Koeneng le Mapoteng
18.Hon. ’Mako T.MohalePrincipal Chief of Tajane, Ha Ramoetsana le Ha Mohale
19. Hon. Khoabane T. MojelaPrincipal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso
20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli Principal Chief of Botha-Bothe
21.Hon. Pontšo S. MathealiraPrincipal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere
22.Hon. Qeto Sekonyela Principal Chief of Malingoaneng
23.Hon.’Mawinnie KanetsiSenator
24. Hon. Lebona KhoaeleSenator
25. Hon. Thabiso LebeseSenator
26. Hon. ‘Maphakiso LebonaSenator
27. Hon. ’Mabataung Patricia                                MokhathaliSenator
28. Hon.Sehlooho HenryMonatsiSenator
29. Hon. ‘Makholu MoshoeshoeSenator
30. Hon. Neo Matjato MoteaneSenator
31. Hon. Seabata MotsamaiSenator
32. Hon.Richard RamoeletsiSenator
33. Hon. Limpho TauSenator

PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO

SENATE CHAMBER

Tuesday 06th May, 2025

The House assembled at 10:30 a.m.

(MADAM PRESIDENT in the Chair)

PRAYER

The Chaplain led the House in Prayer

ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR

MADAM PRESIDENT: Order, Litho tse Khabane! Ke kopa hore ke le lumelise le ho le amohela kamor’a phomolo e khuts’oanyane ea Paseka.

Kea ts’epa ka ‘nete bohle re phomotse hamonate le ho keteka letsatsi leo la Paseka hantle leha koana ke bona hore ehlile ho na le sefuba se atileng kahar’a naha ka mona, se hanang ho ea moriting, ho batho ba bangata!

Litsebiso tsa letsatsi lena ke tse fokolang:

  1. Ea pele, ke ea hore joalokaha re ile ra lumellanang, Litho tse Khabane, hore re ke re chechiseng Tlhahiso eane ea Setho se Khabane Morena oa Leribe, e le hore re tl’o tla re tsoela-pele ha re se re ithutile eona kamor’a Paseka, kajeno re tla tsoela-pele ka eona. Mong’a eona o teng, empa e le hore o ne a lebetse tablet ea hae moo a behileng lintlha tsa hae joale o ile a kopa metsotso e leshome le metso e mehlano (15 minutes) hore a tle a e late, a khutle. Hona ho bolela hore haeba ha re qeta litsebiso tsena o tla be a ntse a e-s’o kene, Litho tse Khabane, ke ne ke kopa hore re tle re mo emeleng metsotsoana e se mekae.
  2. Ntho e kholo, Litho tse Khabane, ke ea hore li-tablet tseo, ruri ke kopa hore re li sebeliseng. ‘Na ke kopa hore ke bone li le teng ka koano. Hona tjena le romelletsoe li-Notice Paper tsa Lipotso tse tl’o tla li botsoa Matona hosane, ‘me le tla be le bala Lipotso tseno hona teng. Pampiri ena e tala eo re nang le eona re se re sa e etse e le pampiri, re se re e romella ka tablet e le hore le tsebe ho e bona. Linyenyeletso tsa lona tsa Lipotso li tla hlaha hobane le ile la li bala hona teng.
  3. Hosane e tla ‘ne e be Letsatsi la Lipotso ho Matona, Litho tse Khabane. Re ne re ile ra lebella hore ho na le memo ea kopano ea Litho tsa Ntlo le Baeta-Pele ba mekha ea lipolotiki ka mane ka National Assembly.

Kopano e joalo ha e na ho ba ka National Assembly, ho ne ho itsoe re tla bolelloa hore na e tla ba hokae, empa ho fihlela hahajoale ho bonahala kopano eno e kekeng ea tseba ho ba hosane; e se e tla ba ka Labone, ‘me re ntse re tla qala ka mona re etse mosebetsi oa Ntlo, e re ha re qeta mohlomong ka bo 11:30hrs re ka ba fa nako eo hore re tle re il’o kopanang le bona, sebakeng se tla beng se boletsoe

Okay! Hothoe e tla ba Avani.

Litaba tseo, tseo re il’o li hlopha moo e ntse e le nts’etso-pele ea litaba tsane tsa rona tsa 10th Amendment eo ke lumelang hore Mohlomphehi Molula-Setulo oa Legislation Committee o tla re tsebisa hore joale ba ready ha re se re tsoa kopanong ea mofuta o joalo.

  • Ka ntle ho mono ho na le Molao o tla tla o tekoa, Litho tse Khabane, hosane, pele ho etsoa Lipotso. Oona ke Tobacco and Alcohol Products Levy (Amendment Schedule) Regulations, 2025.

Litsebiso tsa kajeno li fella mona Litho, tse Khabane.

Ke ne ke kopa feela…

HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Kea u lumelisa, ‘M’e President, Tafole le lona Litho tse Khabane.

Ka ‘nete ke ne ke re ka ho rata hore ebe re ntse re ts’oere taba ea culture ea litokomane tseo re li fuoang, joalokaha u ts’oere e tala joalo, ka ‘nete ha ho ka hoa shejoa mokhoa oa hore ha e tla ka mona ka tablet, e tle e ntse e le tala joalo.

Ha re li fuoa li se ke tsa ba ‘mala o white kaofela hoa tsona. Ke kopa hore le Notice Paper e ‘ne e be on a green coloured paper e le hore re lule re ts’oere culture eno ea rona ka kutloisiso eno eo re sebetsang ka eona.

Kea leboha, Mohlomphehi.

MADAM PRESIDENT: Ntlha ena ea Tsamaiso ke ea bohlokoa haholo ebile e tents’a Ofisi ea Clerk ts’ea, ka IT oa hae le Tafole, ‘me rea leboha, Setho se Khabane, ehlile ho lokela hore ho be joalo e le hore li tsebe hore li be le phapang, le tle le tsebe ho bona le hore na eo e leng Notice Paper ke e feng hang ha le li sheba, le pele le ka la bala.

HON. SENATOR M. KANETSI: Kea u lumelisa, Madam President, Tafole ea hau, Litho tse Khabane le bohle.

Kea kholoa ke ema ka Ntlha ea Tsamaiso ea – ha ke tsebe hore na ke tsamaiso kapa ke tlhakisetso! E-e ntlheng eo u neng u qeta ho bua ka eona ea kopano ea Ntlo le bo-ralipolotiki, ha kea hlakeloa hantle.

Kea kholoa ke sala morao liqeto kapa melaetsa eo e ‘nileng ea etsoa ke Legislation Committee koana Mohale’s Hoek. Ke utloa ho sa hlake hantle hore na re kopana le mang, hobane e ne e ile ea ka Komiti e tla kopana le Mohlomphehi Tona-Kholo ka Labone joale ke utloa ho buuoa ka Ntlo le Baeta-Pele ba lipolotiki.

I am confused; ke kopa tlhakisetso hobane joale ha rea fumana phetoho eno, Mohlomphehi.

MADAM PRESIDENT: Ehlile kea bona ho na le pherekano e teng. ‘Na litaba tseo ke buang ka tsona, tse Tafoleng ea ka, tseo re ileng ra qetellana le Baeta-Pele bao ka hore ba sa khutlela morao ka tse ling tsa litaba tseo re neng re li behile e le li-proposal tsa Ntlo ea Senate, our submissions kahar’a 10th Amendment –  eaba ba re ba khutlela morao.

Ba ne ba ntse ba e-s’o khutlele morao, ‘me ke ne ile ka sisinya ka bonts’a hore re se re le mothating oa hore re tl’o qala ho sebetsana le 10th Amendment.

Ke bona eka phutheho eo e tsoaloa ke eona taba eno ea hore ba khutle joale ka likarabo tsa litaba tseno tsa tseo ba neng ba sa li utloisisi…

Joale ke ne ke re eo ea Legislation Committee, ea qeto eo le ileng la e etsa, le ntse le ts’oanetse hore le e buisane le rona re le Bookameli e le hore re tle re tsebe ho utloa hore na phutheho eo le e kopang le Mohlomphehi Tona-Kholo e ne e amana le litaba lifeng, hobane joale we have no clue about it.

Che, kea kholoa haeba Ntate Clerk o ne a le teng kopanong ea mofuta ono re ne re e-s’o kopane hore a ntsebise ka litaba tseno.

Joale re se re ntse re e na le ena e teng. Ha ke tsebe hantle haeba hona kopanong eo re tla tseba hore re be re etse extension ea eona kamorao hore re kopane le Baeta-Pele ba lipolotiki e be re re re kopa ho kopana le Mohlomphehi Tona-Kholo on the side. I don’t know, hobane ha ke tsebe mofuta oa litaba tseo le batlang ho li isa ho Tona-Kholo.

Kea kokobela. Voice from behind: A k’u mo fe! A k’u mo fe, Molula-Setulo a ke a hlalose kannete re ‘ne re be leseling.

MADAM PRESIDENT: Ha kea u fa ke le Setulo! Ebile u bua u lutse? Ebile ke se ke u lulisa fats’e! Hl’o lule fats’e, Hon. Senator!

HON.SENATOR S. MOTSAMAI: Kea leboha, ‘M’e, ke il’o eletsa. Eke u ka bua tsa ka komiting, ‘M’e President!

 Ae, kannete! Ke ne ke mpa ke re ke e hlakise; hantle-ntle ha re ne re le Mohale’shoek molaetsa e ne eka re il’o kopana le Ntate Tona-kholo as transmitted by the Clerk.

 Ke nka tsena tse officially tsa rona, empa taba ena u nts’u bona e hlakile ena eo ‘M’e President a buang ka eona ea hore ke ea Baetapele. E leng hore ke bona e le so based on mono moo re tlabeng re kopane teng. Rona re tla utloa na dynamics tseno tse  tla hlaha tsa ts’ebetso  na li tla re’ng, feela ehlile ‘M’e President o e ts’oere  ke eona.

E leng hore o hlakisitse taba eno ea Setho se Khabane, hobane ha re le Mohale’s hoek e ‘ngoe ea litaba e ile eaba hore rona ts’ebetsong ea rona moo re neng re ts’oanela ho qetela mosebetsi re ile ra re, ae, ha re ke re faneng ka this opportunity ea hore re tle re utloe na taba li eme joang, ele hore re tle re tsebe ho e nka mona e hlakile.

 ‘M’e. Hon. Kanetsi ke eno, ‘M’e, President a e nka.

MADAM PRESIDENT: Kea leboha ha u mo hlakiselitse, Setho se Khabane.

  Joalokaha ke ile ka kopa, Litho tse Khabane, ‘n’a ke kopa hore re ke re fane ka ntho e ka etsang 20 Minutes feela re emele mong’a tlhahiso kaha a kopile hore a tle a tsebe ho khutla.

Ha re ntse re phomotse joalo ke kopa hore Ntate Chairperson of Legislation re ke re kopane, Ntate, ka mona ka Ofising.

MADAM PRESIDENT: Rea leboha, Litho tse Khabane, hore le bile le mamello ea hore re ke re emele Setho se Khabane mong’a Motion, ‘me ke kopa re tsoele pele.

PROCEEDINGS ON SUBSTANTIVE MOTIONS AND BILLS

MOTION

MOTION 41: PUTTING INTO EFFECT POLICIES WHICH WILL BENEFIT COMMUNITIES AT THE LESOTHO HIGHLANDS PROJECT SITE.

 That this Honourable Senate urges the Government of Lesotho to expeditiously level the playing field at the Lesotho Highlands Water Project sites in order for Basotho to accrue more benefits from the on-going construction work. Equity could be in the form of;

  1. Implementation of corporate social responsibility policies that would compel companies to invest in affected communities by enhancing their basic essential services.
  2. Effecting an equitable salary structure that would effectively improve the lives of Basotho workers.

The implementation of this suggested policy frame-work would positively impact on the lives of affected communities at the Lesotho High Lands Water Project.

Question proposed

MADAM PRESIDENT: Litho tse Khabane, re tl’o bua hobane re ile ra chechisa Motion ona hore re il’o itlhophang bocha.

MADAM PRESIDENT: Is that a Point of Order, Mohlomphehi?

HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Ke ne ke re, Mohlomphehi, mohlomong etlaba botle hore re tle re ithute taba ea Motion ona, hobane joale ba bang re batla re ntse re ferekane hore na hana o ne o r’eng. Joale ha u bala ha re sa na lipampiri matsatsing ana…

MADAM PRESIDENT: Setho se Khabane, ke ne ke kopa u lule fat’se, Ntate.

HON. SENATOR K. L. K. THEKO: U se u utloile hore na ke ne ke re eng?

MADAM PRESIDENT: Ee, Ntate

HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Okay! U motho ea bohlale haholo. [Lit’seho]

MADAM PRESIDENT: Haholo!

 Setho Se Khabane, ke ne ke re hona ha se Ntlha ea Tsamaiso, empa, Ntate Morena oa ka oa Thaba, re ne re na le Motion o neng o le ka pele ho Ntlo, ‘me ho tloha libekeng tse peli tse fetileng tsa Tulo ea Ntlo re ne re se re ntse re buisane hore ha re sa etsa pampiri re sebelisa li-tablet, ‘me re romelloa litokomane tsohle ho li-tablet tsa rona. Ke lumela hore u na le eona? Ke bone hore u ntse u sheba eona ha u ne u re ua ithuta.

Re bile le nako ena hore re tsebe ho ithuta oona. Ha Setho se Khabane Morena Mohale a ntse a bua u ka ‘na oa tsoelapele oa ithuta oona hona moo.

HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Ke ne ke ….

MADAM PRESIDENT: Setho se Khabane, u se ke be ua nkarabisa; ke tle ke u khethe u bue.

 Setho se Khabane Morena oa ka oa Thaba, u etsa nyanyeletso?

HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Ee, ho joalo. Ke ne ke re ua tseba hore ha ho etsoa taba ea postponement of this Motion I was not present. I thought you would bear with me hore u tla re tse ling tsa Litho tsa hau ha li ke be li be teng ka mabaka, ka hona u ka mpha the benefit of doubt hore ke tle ke ithute mosebetsi esitana le molaetsa o neng o buua ke tle ke tsebe ho ba karalo ea baqoqi ba litaba tsa hau?

 Ntle lehaeba, che, u utloa u sa hloke hore ke be e mong oa batho ba ka tsebang ho kenya letsoho litabeng tsena, Mohlomphehi oa ka, nka amohela le teng ha u cho joalo, hobane the final word is always yours.

MADAM PRESIDENT: Ka lebaka la hobane Business ea rona ea letsatsing lee e ne e le ho tsoelapele ka Motion oo, re lokela ho tsoelapele ka oona, ‘me ke ne ke re u tle u ithute ha ba ntse ba tsoelapele ho bua ka oona, le uena u ntse u bala pampiri eo u e romelletsoeng, e tle e re ha u se u ema u bua ua be u se u ile ua utloa hore na lintlha tsa oona li ne li r’eng. Ntle lehaeba, che, boithuto ba hau bo ne bo re u ke u fuoe letsatsinyana u tla utloa ha ba se ba ntse ba tsoelapele hore na ho ne ho ile hoa t’soaroa lintlha life.

 Honourable Senator Mohale.

HON. SENATOR T. M. MOHALE: Kea leboha, ‘M’e President. Pele ke beha litaba tsa ka ke ne ke mpa ke kopa ho ema ka Ntlha ea Tsamaiso.

 Kea kholoa ha Motion ona o ne o etsoa suspend ho ile hoa ba le maikutlo a hore e ka ba bohlale hore bahlanka ba lekala ba be teng e se ke eaba taba eo re e qoqang feela ka mona, ‘me ke ne ke mpa ke botsa feela hore na joalo ka ha Ntlo e Khabane e ile ea kopa hore Letona le bahlanka ba be teng na ebe taba eno e tsamaile joang na?

MADAM PRESIDENT: Morena Mohale! Ehlile ntate Clerk o ntjoetsa ka Tafole ea hae hore o ile a letsetsa PS joale PS a hlalosa hore eena le Letona ba hlahile ka pele ho Komiti ea Petitions ka mane ka National Assembly ka nako eona ena eo ho tl’o tsoeloapele ka Motion, feela o tla kopa Litho tse ling tsa staff. Joale ha ke tsebe hore na mola Gallery mono ba teng kapa ha ba eo e le batho ba tsoang LHDA kapa ba tsoang lekaleng ho tla tla mamella beng ba bona taba ena.

HON. SENATOR S. G. MASUPHA: Ntlha ea Tsamaiso, Mohlomphehi.

MADAM PRESIDENT: Ntlha ea Tsamaiso Morena oa Lioli.

HON. SENATOR S. G. MASUPHA: Ntlha ea Tsamaiso eo ke emang ka eona ke ea hore ke ipiletsa ho uena u le President ea rona ea Ntlo ea Senate, ‘moho le Tafole ea hau, ho ntse ho bonahala ho na le lebaka le khethehileng le etsang hore bahlanka, ‘moho le mong’a bona ba se ke be ba e-ba teng letsatsing lena. Tlhahiso ena ke Tlhahiso e kholo haholo hoo ke bonang eka ekare ha e ka ea tsoelapele e tla be e hlokela mong’a eona toka.

 Mohlomphehi le ‘na tlhahiso eo ke e etsang ke hore na e ke ke ea e-ba bobebe hore taba ee e ke e cheche e emele batho bana bao re ba hlokang ka hare ho Ntlo ena hore ba tl’o utloa litaba tsena tseo re tl’o li beha ka Tlhahiso ena e tsamaisoang ke Morena oa ka oa Leribe?

Ka boikokobetso, Mohlomphehi.

MADAM PRESIDENT: Ke Ntlha ea Tsamaiso, Setho se Khabane?

HON. SENATOR S. G. MASUPHA: Ha ke tsebe u ka ntataisa, Mohlomphehi… [lit’seho]

MADAM PRESIDENT: Ha se eona, Mohlomphehi oa ka, empa ke utloa your submission.

U ka tsoelapele, Honourable Mohale.

HON. SENATOR T. M. MOHALE: Re ne re re e ke e cheche, empa haele mona u se u buile re tla tsoelapele, ‘M’e. Joalo ka ha u chulo mong’a Motion Morena oa Leribe o buile ka mats’oenyeho a hae malebana le litaba tse sa ts’oaroang hantle ke lekala.

MADAM PRESIDENT: Ke kopa t’soarelo hanyenyane, feela ke ile ka bona ekare u ne u ema ka Ntlha ea Tsamaiso, Ntate Motsamai?

Litho tse Khabane, ruri re ee re lakatse hore re re bahlanka ba lekala ba re thuse hore ba be teng, empa joale ha ba ts’oeroe ke mesebetsi e meng, re se na taolo holim’a bona, re tla sitoa hore re emise mosebetsi, tu-tu–tu! Ke hobane ke eona feela Business ea rona kajeno, ntle lehaeba, che, le tla boetse le ema hape ka Standing Order, Litho tse Khabane, hore butleng ha re chechise taba ena.

 Le eena mong’a Motion a re bolelle hore na eena a ka r’eng boemong bona, re tsoeleng pele kapa o ema ka Standing Order hape na?

HON. SENATOR S. G. MASUPHA: Haeba ho joalo, Mohlomphehi, u ka ntumella?

MADAM PRESIDENT: Ke kopa_ ke se ke ile ka u fa Morena ke kopa re ke re utloe Morena Joel.

HON. SENATOR J. A. MOTSOENE: Ke lebohe, Mohlomphehi Madam President.

 Kea kholoa ehlile nakong eo Ntlo e neng e phomolela nako ea Paseka e ne e le ts’epo ea rona hore ke se ke ka khobotla ka matla ho fihlella re koala taba ena kaha re ne re bona boleng ba eona, ‘me ke ne ke lebelletse ka tieo hore Litho tse Khabane tse akhang Dr. Lebese (re ne re na le eena Mohale’s Hoek, ‘me re ile ra bua ka taba ena) –   kea ipotsa hore na kaha o ne a ile hae o ile a ba sa a phomola haholo na!

 Joale ke ne ke re Mohlomphehi ke ntse ke re kea sheba mona hore na hona le Standing Order se ka re lumellang hore ke hopotse Litho, joale ke fumana hore ha se eo. kK ne ke tla li hopotsa ka ‘nete, ka matla. Empa ha ke tsebe haeba Tafole e ne e ka ba pelo e mongobo, hobane joale re ile ra bua ka sona nakong eo re neng re se teka ka pele ho Ntlo ka mona le Setho se Khabane Honourable “Johnny Walker” Motsamai. Ke utloa ke soaba haholo hore ke tlohe Leribe koana ke tl’o rapela ha ke qeta ke khutle ke ee hae.

 Mohlomphehi, ke ne nka kopa hore re se chechise ka ‘nete…

HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Mohlomphehi ke kopa ke tle ke tl’o ema ka Ntlha ea Tsamaiso ha Morena a qeta… [lit’seho]

MADAM PRESIDENT: Ntlha ea Tsamaiso ha Morena a qeta, hee! [li’tseho]

HON. SENATOR J. A. MOTSOENE: Ache! Na, Mohlomphehi, e teng?

Ke ne ke kopa a hle a eme ka Ntlha ea Tsamaiso.

Kea leboha, Mohlomphehi.

HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Kea u leboha, Mohlomphehi. Ke utloile leha ke bile sieo ha u  ne u utloa ke ne ke kopa ho utloisisa morethetho le mahamo a taba ena, ke hobane ke ile ka utloa hore ho ile hoa ba le khang ka nako e fetileng ha u tla khutlisetsa taba ena morao, eaba Senator Motsamai ha ke se ke sheba litaba joale le lipuisano hore o re, “o ile a eletsa Litho ha li ne li halefile ka nako eo hore ho khutleloe morao ka Section 41 of the Standing Order that postpones the discussion hore li se ke tsa tsamaisoa hampe mohlomong ka lebelo” empa haeba le kajeno hape kamorao hore Ntlo e eme Morena a il’o lata litaba tsa hae ha hae a khutle hape re ntse re lutse, ha a qeta ha a kena a re “ e-e ka lebaka la hore ha hona batho bao ke batlang hore ba be teng, ho boeloe ho khutleloe morao.”

 Le eena oa cho hore “nke kebe ka tloha Leribe ka aena, ka hlapa, ka tloha hae, ka tl’o tla ke khutla eaba ha ke etse mosebetsi.”

Na u ka ba mohau hore re qete taba ee kajeno re tle re tsebe ho kena ho another Business? What is so important e kaalo-kaalo ka Motion oo ho feta eohle e teng e kileng ea ’na ea feta moo hoo re ka ’nang ra etsa postpone hakaale-kaale? Ke ka lebaka lefe? Ntle leha u ka re u bona hona le lebaka le leholohali le ka etsang hore Motion ona o fuoe a special attention.

MADAM PRESIDENT: Ntlha ea hau ea Tsamaiso e’a utloahala le hoja u ile ue thati-thatika. Ke utloa ekare u re uena submission ea hau e ka ba hore, oele! Re se re tlile re qete Motion.

Kea leboha, Morena oa ka, u ka lula fat’se.

Hon. Senator Motsamai, u ka bua haeba ke Ntlha ea Tsamaiso.

HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ke morena Motsamai oa Qiloane… [lit’seho].

‘M’e President, ha ke lebohe. ‘Na ke ne ke batla ke otlolle litaba ka ‘nete. Taba ea ho chechisoa hoa debate e ne e se hobane – re ne re leka har’a tsona nako e le nyane eaba ke mona moo re kopang hore li cheche re tle re tsebe ho kena. Re ne re se re ntse re kene mahamong a taba, le hore rona ba bang mona re ile ra ba ra cho hore, oho! Lona ba ileng le se ke be la il’o lula kae la etsa eng mono moo le eang teng, leha le ea kerekeng le rapele feela le khutle feela le tsebe hore Motion o teng.

‘Na ka ‘nete ha u re ke theohe nka hla ka kena haeba rea lumellanang hore re ee pele, feela ke se ke ile ka bua.

MADAM PRESIDENT: Lula fats’e, Setho Se Khabane! Le uena kea utloa hore o etsa support hore ho tsoeloe pele ka Motion.   

Litho tse Khabane, ke ne ke kopa, hle, mongaka Morena oa Leribe, hore ruri kea utloisisa hore re ile ra fana ka monyetla oa hore re tle re tl’o qetelang Motion hantle. Ha hoa nepahala hore ebe re ne re se re behile letsatsi lena ho tla etsa mosebetsi ona feela ka lebaka la batho bao re se nang taolo ho bona ba Lekala ebe re ke keng ra etsa mosebetsi oa rona na. Ke kopa hore re se ke be ra sitisa mosebestsi oa rona oa Ntlo oo u ileng oa senya petrol ea hau, ha u bona hore u siile litokomane le lihlomo tsa hau ua khutlela hae ho li lata, ebe joale re ka re re boele re chechiseng hape.

Ke kopa hore re tsoeleng-pele re qetele Motion oo, ‘me litaba tsohle re tla ‘ne re li etse li tla ba teng ho Hansard. Hape li tla ba teng ho li-minutes tsa rona. Re tla ‘ne re etse follow-up litaba tsena tseo re li entseng suggest mona ka Motion le ka Lipotso.

 Ke kopa, Setho se Khabane Morena oa ka oa Tajane, u tsoele-pele, Ntate.

HON SENATOR M. MOHALE: Kea leboha, hle, ‘M’e President joalokaha u se u chulo, ‘M’e, hore re tsoele-pele ka Motion ona o bohlokoahali hakana-kana.

Ha re hopola ntlha ea pele ea Motion ona ke moo Setho se Khabane se buang ka ho kenya leano le puseletso sechabeng e le hore likompone tse fumaneng mosebetsi kahar’a morero li tsetele kahar’a sechaba.

E le ho ntlafatsa lits’ebeletso tsa mantlha tsa Sechaba ke ntlha ea pele, ‘me motho ha u bua ka litaba tsena tsa puseletso sechabeng kea kholoa ke ts’oenyeho ho Ntlo ena e Khabane hore morero ona oa Polihali, ho feta merero eohle o bile le nako e telele eo ‘Muso o ileng oa tekenela hore ho tla ba le morero oo ka oona Lesotho le tla ntlafatsa senoelo sa metsi a eang ho bahaisane ba rona. Re tla hopola hore ke lintho tsa bo-2014 kapa le pele ho mono ha ho ne ho tekeneloa tumellano ena ea Polihali.

Tabeng ea maano ha ho lumellanoa ke litaba tse seng li ntse li le teng.  Litaba tsena tseo Morena oa Leribe a buang ka tsona tsa ho hlokela sechaba toka hoa Lekala empa maano a se a ntse a le teng a sa phethahatsoa –  ha se ntho e ncha eo re reng morero ha o fihla ke hona o tla qala ho etsa maano.

Maano a se ntse a le teng ao ha morero o neng o tekeneloa ho neng ho tlameha hore nakong eo letamo le qalang maano a be a se a phethahetse. Re bue ka mohlala ka litaba tsa litsela hore sechaba seo metsi a se amang, se be le litsela ke taba e teng maanong. Tebello ea sechaba seno seo morero o leng ho sona e ne e le hore ha morero o qala ho qaloa, ho hauoa letamo, ebe ba tla be ba se ba na le litsela.

Litsela tsa metseng ea bona li tla ba thusa hore ba fihle ka bobebe lits’ebeletsong. Litaba tsa metsi li tla be se li le teng litaba hore sechaba se joalo se fumane mokhoa oa ho noa metsi le ho sebelisa metsi habobebe.

Ke mahlabisa-lihlong hore litaba tsa bohlokoa tsa mantlha tsa motho e mong le e mong, ebe morerohali o mokana-kana ha o e-s’o ka o nanabetsa le taba e le ‘ngoe ho tsona.

 Kea kholoa, ‘M’e, ha u ne u bona re le sechele hore ebe Bahlanka ba teng moo –  e ne e le tebello ea hore na ebe ke lintho lifeng tse ba sitisitseng ho phetha maano ka lichelete tsa sechaba sa Basotho le lichelete tsa lichaba tsa bafani.

Re hopole hore ha ho tekenoa morero, taba ea ho aba lichelete tsa litaba tsena tseo re buang ka tsona…

MADAM PRESIDENT: Ehlile potso eno ke e ntle e etsang hore a hle a nyanyelletse hona litabeng tsa hae.

 E-e, Setho se Khabane Morena oa Leribe.

HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE: Kea leboha, Mohlomphehi. Mohlomong Setho se Khabane se ne se ba tsietsing athe kea utloa hore o lishoto ha a ntse a teka litaba tsa hae. Ke mpa ke re na tabeng ena eo Setho se Khabane se buang ka eona ea maano a ka r’eng ka li-company tsa Afrika Boroa moo basebetsi ba ntseng ba ts’oaroa ba hlokang litsebo le ba nang le litsebo, bana ba linaha tsena tse ling tsa boahelani ka li-company tse teng, ba tholang meropotso e betere hofeta ea bana ba Basotho ba hiruoeng ke metsi a lihlaba na?

HON. SENATOR M. MOHALE: Kea leboha, hle, Morena oa ka oa Leribe. Taba eo u buang ka eona e etsa motho hore u hopole hore pele morero o qala ho ile hoa kopuoa morero hore (e seng pele morero o qala, empa pele mosebetsi o qala) hore o be le ntho e kang pool ea li-company tsa South Africa le tsa Basotho moo linaha tsena tsohle bobeli ba tsona ka litsebo tsa bona tsa mosebetsi ba tla ba le ka belo e fetang ea bahaisane ba rona?

Ke ho re maano a joalo, Ntate, a teng joalokaha u tseba hore ho ne ho be le ‘moka o neng o re Lesotho le fumane haholoanyane hofeta bahaisane ba rona, haholo ka mesebetsi ena ea matsoho, bana ba etsang lichafo le mesebetsi e meng e sa hlokeng botsebihali bo bokaalo-kaalo le litaba tsa botsebihali. Morero o ne o li lulele fats’e!

Ke tsona litaba tseo ke reng, Morena oa ka, morero oa litaba tsena tseo re reng ha li etsahale ua o tseba, ‘me o ne o hloka ho re beha leseling hore na ebe taba ea ho hloka bophethahatsi e ile ea sitisoa ke eng.  Ke ho re litaba tsena tseo u buang ka tsona, Morena, tsa hore, e-e…

HON. SENATOR MONATSI: Kea leboha, Madam Speaker le Tafole ea h’eso e Khabane kamor’a Paseka. Ho buuoa litaba tse monate-nate tsena tsa Polihali.

 Ke ne ke botsa Morena oa ka hantle ea ntseng a bua hantle kannete litabeng tsena tseo a ntseng a li ts’ets’etha hantle hore na a ka reng (Ke se bile ke entse potso eno Tafoleng mona khale ha ke utloe e hlaha mona) ka hore Lechaena lane leo esale le ja lichelete tsa bana ba Basotho mono, lane le neng le fuoe sekiri mono –  a ka r’eng ka lona?

Lechaena leno le boetse le hiruoe mona le teng hona ka mane ka pusong ea ka Polihali. Ke botsa hore na a ka r’eng ka lona na Le-China leno leo e sa le le ja M11 million ea bana ba Basotho, la itjella lichelete tsa Naha ena ea Lesotho? Lechaena leno le e pokothile chelete. Kea ipotsa hore na ebe e ka ba le jele bokae, Lechaena leo le tla lefa Basotho ebe le file naha e ‘ngoe le se le boetse le fuoa mosebetsi o moholo hape hona ka mono ka Polihali, hona Pusong ea kamoo! U ka r’eng na, Morena oa ka?

Kea leboha, ‘M’e President.

MADAM PRESIDENT: Order! Potso e botsitsoe motho ea sethaleng.

 Morena oa Tajane.

HON. SENATOR M. MOHALE: ‘M’e President, ke ne ke re, che, potsong ena ea Mohlomphehi eona kannete ke le motho ha ke tsebe haholo ka eona; kannete ke taba eo mohlomong re tle re e behe selatsa, re tle re hlophe, Ntate.

Ke kopa ho kena temeng, ‘M’e, ka hore taba ea maano ke boiphapanyo ba Lekala. Taba ea hore ebe Basotho ba lulang Polihali le libakeng tse e potileng hore ebe ha ba na metsi hona tjena, ‘M’e, a ho nooa le metsi a ho hlapa! Ke ho re re bua ka mathata a ts’oanang hantle le merero ena e etsahetseng pele ka litaba tsena tsa metsi.

Mathata a litsela, mathata a metsi, mathata a motlakase ke litaba tseo kaofela re sa li hlokeng. Joale kannete, ‘M’e, ha ke tsebe na, Morena oa ka, taba ena re ka e ntlafatsa joang, hobane e bohloko! Ke hobane taba ena eo u e botsitseng ea hore na li-company tsa South Africa ke tsona tse fumanang mouno ho re feta, kannete e ea ts’osa, ‘me joalokaha u s’u bonts’itse, Morena oa ka, litaba tsa metsi ke litaba tsa bohlokoa.

Haeba rea hopola re le Ntlo e Khabane hoi le hoa hlalosoa hore metsi a Lesotho re le Lesotho re ts’oere khubu ea metsi a rona Southern Africa. Haeba ‘Muso o tla sitoa hore ka mphohali ena eo Morena Molimo a re fileng eona ebe rea e sireletsa ebe Basotho ke bona ba unang hofeta motho e mong le e mong – kannete re tla be re le mali-mabe a ts’abehang haholo!

Litaba tsena li tla hape-hape e le taba ea ho sirelletsa metsi a Lesotho a Lihlaba re le Naha ea Lesotho ka makhabane a rona.

Litaba tsa bolisa ba metsi a Lesotho ke boikarabelo ba rona re le naha. Re hopole, ‘M’e, hore ha re khutlela morao taba ena ea Metsi a Lihlaba ke taba ea lilemo tse ngata. Ke ho re ho tloha le pele re fumana Boipuso re le naha –  ha re le naha e ithatang re ne re tlameha hore ho na tjena ha morero ona oa metsi o tsoela-pele o fumane re se re matha feela ho latela hore na re bile le liqholotso tse ngata hakae, ho tloha ka ‘Muso oa Maburu hofihlela ‘Muso ona o teng oa democracy, feela o ntseng o bona hore leha o le teng re le Naha ea Lesotho re ntse re sekisetsoa litaba tsa basebetsi ka mono, ‘M’e, ‘me ke pharela e kholo.

Ke kopa ho khutlela morao mona tabeng ena ea Social responsibility le litaba tsa hore ebe Basotho ba fumana mesebetsi. Morero ha o qala o ne o qala Katse ho ne ho e-na le meralo e hlakileng ea transfer of skills. Ha ke cho joalo ke hlalosa hore ho ile hoa isoa bana ba Basotho likolong hore ba be le litsebo tse tla etsa hore ho be bobebe hore letamo ha le qala, leha eba ho ne ho hiriloe Engineers tse hlahang ka ntle ho naha, feela ho be le nako eo ka eona ebang Morero o se o le ka hará matsoho a Basotho ka kotloloho. Re ile ra e bona ntho eno kaha likatleho tsa Morero oa Metsi a Lihlaba kannete a letamo la Katse le Mohale, re bone Engineers ebile tsa Basotho.

Litsebo tsena tseo u buang ka tsona, Morena oa ka oa Leribe, e ne ele Basotho, feela hona joale re hloka Lekala hore le re behe leseling ka taba eno ea transfer of skills le taba ea hore na batho ba hiroang mono ba hiroa ka tšobotsi efe.

Ho hlakile hona tjena hore litaba li fapane kaha ha u fihla Morerong mono ha u fumane bana ba Basotho ka pele Morerong mono. Re ile ra chakela Morero re le Ntlo Selemong se fetileng, ‘Mé, ua hopola ka Ntlo ena, ‘me re fumane litletlebo tsa Bahlanka ba mono hore ho hiruoe batho ba Machaena. Li-ompany tse etsang run Morero mono ke tsa Machaena tseo le labourers feela e leng tsa Machaena.

Ebile, Morena oa ka, ha ke hopole u ne u le teng, mong’a Motion. Joale re ne re tlaleheloa mono hore hono ehlile ke taba hobane beng ba Morero ha se Basotho le li-service tse kang tsa ho fana ka litšebelletso ka hare ho Morero ha se tsa Basotho.

 Na joale le boemong bona bo tjee re ntse re re mMorero oo ke oa rona, ‘Mé President?  Morerong oo ke eng eo- feela re le Basotho re tla re e unne? Ke eng eo re e sieloang ntle le hore feela Morero o tl’o ahoa ke batho bao eseng Basotho, joale ha Morero o tsamaea rona re sala re sena letho!

Ke ho re haeba Basotho hona tjee ha ba na metsi, ha ba na litsela le motlakase kannete re na le mathata ka Morero.

Hapelebaka la re bitse Bahlanka e ne ele hore ba utloisise Litaba tsena, e le hore ha re etsa tšalo-morao –  hobane taba ena ke taba e kholo, ‘Me’ President, joale ra be re tseba likateng tsa hore ebe lintho tse ileng tsa ba sitisa ho phethisa Morero e be na ke life.

Ka ‘nete, ‘Mé, Morero ha re tsebe hore na re tla re o  motle hobane re ka tsota botle ba oona hafeela o le molemong oa bana ba Basotho.

Kannete re se re kopa hore Motion ona, ‘Mé, joalo ka ha re ne re batla Bahlanka ba be teng o tle o tsoele-pele, hobane o na le likateng, o tšoere khubu ea maruo kapa leruo la rona la Basotho ka Metsi ana ao eleng rona ba tšoereng Metsi ana ao re tsebang hantle hore lintoa tse tlang e tla ba tsa metsi. ‘Me ha re sa be seli hona tjena re tla ba mathateng, re tla siela bana ba rona litaba tse bohla, ba tla re tsota bolehe, kannete, Morena oa Leribe.

 Kea u utloela le uena, Morena oa Leribe, hobane ke sebaka sa hau, Ntate.

 Kannete ke ema mona ke tlatsa Motion ona oa bohlokoahali, ho re kannete ‘Muso oa Lesotho ha o ke o khutlele morao mateanong a litsela, o bone hore o sebelletsa Basotho ka Maano ana ao re sa boneng a phethahala.

 Maano ‘ona a teng ho hlakile, empa ke hore re bone hore Basotho ba una molemo, Basotho ka matlotlo a bona ebe bona ba unang pele.

Ke re, ‘Mé, ke ema mona ke tšehetsa Motion ona oa Morena oa Leribe.

[Tapping of Tables]

MADAM-PRESIDENT: Honourable Senator K. L. K. THEKO.

HON. SENATOR: K. L. K. THEKO: Kea u leboha, Mohlomphehi.

 Kannete ke leboha Morena oa Leribe, kaha ke ne ke nahana o loanela ntho e sieo ha a ne a loana joalo ka ha a tloaetse ho etsa khang ka lintho tse nyenyane. Empa motsotsong ona kannete ke tlameha ke lule ke mo leboha hore o entse ntho e kholohali, eo ekareng e ka hla eaba mokhoa oo re kileng ra o bua le mohlahlami oa hau, e leng Mohlomphehi Ntate Au hore ekare ka linako tsohle ha re etsa Motion, li reroe le Makala a li tobileng hore a tsebe ho tla, a mamele, a etse participate a be a re, “mona Morena ‘nyeo kapa Mosenate ‘nyeo, ntho eo u e buileng ha ea nepahala kapa e nepahetse”. Ene e tlaba ntho e matla, e nang le effectiveness.

Ke bua ka morao ho Morena oa ka oa Tajane, ea buileng ka ka matla a maholo malebana le the rights of Basotho ka thepa ea bo bona. Lesotho ka bolona ke naha e futsanehileng feela e ruhileng haeba ho ka ba le boinahano bo phethahetseng, ba batsamaisi ba eona.

 Hangata re ba le mathata a mangata ka lebaka la bolehe ba batho ba re okametseng, ba shebileng ho una melemo ea naha at the expense of their own people’s interests.  Ke ne ke shebile Ntate eo ho thoeng ke Louis Farrakhan a etsa khang le e mong (Ke baruti ba le babeli le Jesse Jackson) ka taba ea motho ea motšo le lekhooa in America. ‘Me e ne e mpa ele taba ea sets’oants’o sa nelehetsano ea litaba malebana le motho ea motšo le lekhooa in America today.

Joale ke re ke batla ho tlisa taba eo le mona haeso, ho re leha batho ba ka ea likhethong ba re, re tl’o tla re fetola tšobotsi ea Sechaba sa Basotho ha re ka ra khethoa, motsotsong oo ba khethoang, ba kenang Pusong, ba fihla ba fumana the landscape [status quo] e seng e ntse e rena, e ba etsa change the mind-set, ‘me joale ba rekisa naha kapa le botho ba bona ka lebaka la linehelo tse teng.

Ke bolela joalo hobane ke re Morena oa ka oa Tajane o re hantle-ntle Sechaba sa Basotho hona joale ha hona ntho eo ho thoeng ke equity tabeng ea phano ea mosebetsi ka mono ka thabeng.

Melao e ileng ea etsoa, e reng re tla etsa Metsi a Lihlaba, ho tla ba le Melaoana e sebetsang e etsang regulate hore batho bohle ba tle ba fuoe ka ho lekana ho latela bosebelletsi ba bona. I do not expect hore motho ea nang le tsebo ea tsoang France, oa Engineer mohlomong ea tsebang ho etsa operate ntho eane eo ho neng hothoe ke tunnel-boring machine, a pataloe joalo ka motho ea tlang ho luba taka. Empa le motho ea ka tsebang ho etsa mochini o ts’oanang le ono, e le oa Mosotho joalo kaha e tla be e ntse e le motho ea motšo, le eena o tla lokela a fumane litsiane tse lekanang le tsa oa Lekhooa. Joale empa ha ho be joalo hangata!

Re bona ka linako tsohle e ntse ele batho ba basoeu ba re etsetsang precedence, ka hore ba fuoe melemo e batlang e hlamatseha ho feta ea rona, naheng ea bo rona. Joale Morena o botsa e kholo morá Pheta mona hore na etlare ha Mosebetsi ona o fela oa Metsi a Lihlaba, Polihali or any other place ho tla sala ho na le eng eo re reng re kile ra e supa hore re kile ra ba le bosebelletsi bo tjee?

Ekanna eaba metsi a tla ba teng, a tla ’ne a isoe Namibia, Zimbabwe kapa anywhere, feela Lesotho ka bo-lona le tla sala lona le ntse le futsanehile.

Taba e kholo e se ele phephetso ea hore na re etsa eng ka Molao ona o ileng oa etsoa ka 1986 (haeba ha ke fose)? Ke ho re Molao o ileng oa theha Metsi a Lihlaba oa South Africa le Lesotho, ho re na can we review the Treaty? Na ebe ke ho rohakana haeba re re ho Ramaphosa, let’s sit down ntho ena e entsoe ka nako ea apartheid le Sesole, kajeno lena it is an elected government ea batho ba batšo le ea elected government ea batho ba Lesotho, ha re ke re etseng review this Agreement or the Treaty?

Kehobane ha e re etsetse letho la ho re –  ntate o qeta ho bua mona, ke utloile bohlasoa boo Letona la Health ba neng ba lutse mono ba etsa connive joalo ka Marena ano a mabeli a ntseng a bua. They were conniving like that bona ba rera hore na ba tl’o tla ba re araba hampe hakae… (Interrupted – Point of Order)

MADAM-PRESIDENT: Point of Order, Setho se Khabane.

HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Point of Order! Kannete Setho se Khabane se ntse se bua hantle, empa, kannete, a ka se re Bahlomphehi Litho tsa Senate ka Ntlong ka mona ba etsa connive! Kannete ‘na ke re a hule lentsoe la ho etsa ‘connive’ a sebelise a mang.

Kea leboha.

MADAM PRESIDENT: Setho se Khabane, u kopuoa ho hula ‘connive’.

HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Mohlomophehi, there is nothing –  leha u ka hlahisa dictionary mono ra sheba lentsoe connive ha ho na moo ho rohakanoang kapa le leng…(Interrupted)

MADAM PRESIDENT: Le bolela hore ba kopana ka morero o mobe…

HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Empa a leka ntho eo a se nang eona!

MADAM-PRESIDENT: Che, e bue ka Sesotho re tle re utloe hore e reng.

HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Why should I speak in Sesotho?

MADAM-PRESIDENT: Ke ne ke re Tafole e tle e tsebe ho utloisisa hore u ne u re ba kopana joang?

HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Ha se taba ea ka ha u sa tsebe na le bolela eng…

 (Interrupted-Point of Order)

(Inaudible-Members talking concurrently with Madam President)

HON. SENATOR K. L. K. THEKO: E re ke bolele hore…

MADAM-PRESIDENT: Lula fatše! Ho na le Ntlha ea Tsamaiso.

HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Ke lentsoe le very parliamentary, ebile ke la Sekhooa ha le rohakane.

MADAM-PRESIDENT: Ho na le Ntlha ea Tsamaiso, Setho se Khabane…

HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Le batla feela ho senya morethetho oa ka!

U batla feela ho senya morethetho oa puo ea ka.

MADAM-PRESIDENT: Ho na le Setho se Khabane se emeng, ke Morena oa Leribe o eme ka Ntlha ea Tsamaiso.

HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Ke lule fatše hape?

MADAM-PRESIDENT: E-ea, Ntate.

HON. SENATOR J. A. MOTŠOENE: Kea leboha, Mohlomphehi.

 Ntlha ea Tsamaiso eo ke emang ka eona –  kannete ke utloa lentsoe lena la to connive ehlile le ntabola ear drum habohloko, ke tšaba hore le hlohlontša litsebe, joale ke re le ntabola ear drum habohloko)! Ke kopa Setho se Khabane Ntate Morena oa ka oa Thaba a le hule, kea leboha, Mohlomphehi.

Tlhalosong ea lona o le hlalosa a sa le manolle, o fihla a le boka-boketsa a le roesa katiba e senang…

HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Ke hana ho etsa joalo,

HON. SENATOR J.A. Mots’oene: Empa ke ntse ke bua ka Ntlha ea Tsamaiso, Mohlomphehi. Ke ne ke utloa eka o ne a se a lula fats΄e a qetile ho itlhalosa.

Ekaba o tl’o r’eng, banna! Ua tseba ke ho senya morethetho oa ka feela!  Ke tlatsa eena ha a qeta joale o tl’o nketsa attack ka lintho tse trivial! This is a very trivial thing  ena eo a e etsang ena!

HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Kannete ha ke na ho etsa joalo ho Setho se Khabane; ke mo hlompha haholo. Lentsoe lena la ho etsa connive ke borabele, ‘me taba eno ea borabele ha se taba e nepahetseng, Mohlomphehi, haholo ka har’a naha ena ea Lesotho.

Kea leboha, Mohlomphehi.

Ke ne ke nahanne hore Madam President hore u tla nka liberty ea hore Tafole ea hau e re shebele lentsoe leno. That word is not parliamentary! Not at all ! Ke ne ke nahanne hore le ka re shebela lona u tl΄u tsebe ho etsa ruling ea hau hore na Setho  se Khabane na ehlile se taolong ho sebelisa lentsoe leno kapa lentsoe leno a ka le etsa retract, e be re itsoella pele.

‘Me o ntse a ts’oere hantle, ke ho hula lentsoe lena feela. Teng u e ts’oere hantle, u e ts’oere khubung, Ntate.

[Laughter]

MADAM PRESIDENT: Ke kopa u time mane.

Setho se Khabane, ke kopa ho u balla taba eno. Che! Ka bokhuts’oanyane feela ke na le li-version tse peli, empa ka bokhuts’oanyane feela all it means is, to do something immoral, illegal or harmful. Ke ho re mohlomong to meet in a secret place moo ho reroang litaba tse mpe e le hore ehlile u ne u hlile u re ho kopanoe ka morero o mobe.

 Joale taba e emang litabeng tsena ke hore na taba eo can you really say Litho tse Honarable tsa Ntlo were conniving?

 It is a ruling that it is un-parliamentary language.

HON. SENATOR K.L.K. Theko: Kea kholoa that rulerule eo ea hau, ‘Mé, e lokile ha u e etsa, hobane the word ea hau is always final, feela moo ke neng ke le teng e ne e le hore Ntate Minister ea Health le Minister ea Energy, they were sitting mono moo Morena oa Likhoele le oa Mats΄ekha ba lutseng teng and they were conniving hore ba senye ts’obotsi ea Potso ea Ntate Mokhotlong mono, ha a ne a botsa Potso, joale ba e senya ka boomo!

Ha na lentsoe le ka nepahalang ha batho ba etsa ntho hampe ntle le connive e be ke ho etsang, ha ba ka ba rera hore, ha re senye Karabo ena ea Motho enoa, hobane e tl’o re hlahisa hampe re le Puso. That’s what I think Honourable Mochoboroane le Honourable Moleko ba ile ba e etsa. They were conniving ho senya Taba eno (hobane ha kenna another word).

Haeba ho na le lentsoe le leng le ka hlahang le lecha le ka hlalosang morero oo oa bona I will submit, but haele hona joale kannete the word conniving fits to distord the question eo e neng e botsoa ke Ntate Monatsi, ea neng a bua ka mokhoa oa ts΄enyo e ntseng e etsahala ea maphelo a Sechaba sa Mokhotlong, as damage or health hazards is tantamount hore ho ka sebelisoa lentsoe le kang connive ha batho ba baholo ba reretsoeng kapa ba lebelletsoeng ho araba hantle e be ba araba ka tsela e joalo – They connived.

Kea kholoa e tla ba bona ba ka nqosang, eseng Ntate Motsamai kapa Ntate Morena oa Leribe; bona ha ba na tokelo ea ho etsa joalo. I said they connived. Anyway haele mona u re ke le fositse ha ke le hule, empa che, kea amohela hobane Ntlo ke ea hau, ‘Mé, ha ke na tseba ho u hanyetsa.

Ke ne ke le tabeng, empa hona tjena le sentse morero le morethetho oa litaba tsa ka hona hoo! Ke ne ke le moo ke neng ke bua ka taba ea hore Sechaba sa Basotho se fetotsoe likofuto ha habo sona, hore se etsetsa Batho ba tlang ho tla tla etsa joaloka Chinese, ba tla because bona ba na le the genius ea chelete esitana le ho etsa mosebetsi, ha rona hoo e leng hoa rona ke lipotongoane  le mofufutso, empa joale ha li  re etsetse molemo oa letho re le Sechaba.

Ke re Morena oa ka oa Tajane o botsitse Potso e kholo, e tlare ha ts΄ebetso ena e fela ea Thabeng, Sechaba sa ka Thabeng ka litsela, metsi, boiketlo ba bona, mokhoa oa bona oa bolulo o tla be o le joang? Matlo a bona a bolulo, litsela tsa bona, motlakase, bana ho ea likolong le mokhoa oa boiketlo ba bona bo pharalletseng li tla be li le joang?

Linaheng tse ling litaba li sebetsa ka eona melao ena eo re reng re e llela hore e ke e etsoe review, because joale hona joale tjena e nkile advantage on the power ea hore rona re tl’o hlorisoa naheng ea habo rona ha Makhooa,  Chinese le Batho bohle ba tseba hore ba ka tla ba tl’o okha chelete ea rona,  ba be ba itsoele ka hare ho naha, ka hona it’s about time ntho eo Morena oa Leribe a buang ka eona ea hore it is about time re ke re shebeng mokhoa oa equitable laws that will treat us equally, re le Makhooa re le Batho ba bat΄so ha re etsa mosebetsi o ts΄oanang. Is that too much ask? I wonder!

΄Na ke ntho e ngata eo ke e botsang Ntate Motsamai?

Ka hona hee, joale hee, taba eo e hloka hore kannete re ke re e utloe na ekaba Mohlomphehi Tonakholo o nahana joang, Letona le sebetsanang le litaba tsee lona le nahana joang sechaba sa Basotho sona se botsoa joang litabeng tsena?

Re araba joang rona re le Basotho beng ba maphelo, beng ba naha, ba tla sala le eona ho na le mathata? Here is the big challenge eo re e bonang hore naha ea America le ea China are taking advantage onfus. China is going to offer us what America is depriving us. Haesale re lutse re phela ka mohau oa America, joale e tl΄o tsoa ho tl΄o tla China! Bona hore na le eona   e kena ka tsela efeng! They even take mosebetsi ha Ntate Monatsi ono oa ho rekisa li- apple le li- cabbage ka hare ho motse oa ha habo Mokhotlong e le Lechaenae!

You cannot u le Mosotho a ea China u il’o rekisa liperekisi teng lekhale! Ba ka u makalla hampe, ebile ba ka ba ba u botsa hore na u li nka hokae? Empa rona re inehelletse batho bana ka lebaka la Mebuso ea rona e otileng ka kelellong. Ke hore we have very thinly thinking people ba bitsoang Babusi hore ts΄irelletsa lebitsong la hore ba qekisa hore re be le mesebetsi, ba re ba ka mpa ba tsamaea holim’a rona hore re hatoe litorong, ho tsamauoe holim’a rona ho tle ho tsejoe hoba le boiketlo hoa batho ba tl’o tla ba batla mosebetsi rona re felile.

Ka hona re ne re re e kare leha e le taba e seng Molaong hore batho ba Lekala la LHDA ba tle ba tl’o mamela ha se Molao o ba tlamang, empa ekare re kaba le katamelo ea ho lumellana le bona hore na ba re ho ntse ho nepahetse ha hole tjena, e le bana ba Basotho na?

Re tseba hore ho na le batho ba bang ba nang le pelaelo ea hore le motho eo a ntseng a tsamaisa, ea emetseng South Africa in Lesotho e le ngoana oa bo-rona, e se e le nako e telelehali a le moo, o lokela a tlosoe, empa o behiloe ke South Africa, because he is protecting the rights of the people of South Africa. Ho na le motho ea nang le interest ea emetseng South-Africa’s Government, e le ngoan’a Mosotho, eo Mosotho ebile ke Mofokeng ka seboko. 

Joale taba e kholo ke hore na ebe ruri, ‘Muso le Letona, le re le mamella taba ee?  Joale re ka kopa hore litaba tsena li tle li shejoe bocha.  Ka ‘nete naha ena eona e mali-mabe, hobane ka linako tsohle batho ba ikana ka hore, re tla tla re tl’o fetola mokhoa oa bophelo oa Basotho, ha ba le ka ntle ho puso.  Ha ba qala ba fihla feela, toere! (LITS’EHO)… Ha ho sa na letho le etsahahalang!

  Ke ho re motho ha a ka ikana a re, ‘ke tl’o le fetolela maphelo, ke tl’o le etsetsa tjena, ke le etsetse tjena’, empa e re ha a kena pusong a ba bona hore the reality ke hore ha e-sale e ntse e le ntho e sele! Ka hona naha ena he-e e na le bothata, re lokela ho etsa ho hong. 

Re bone, maoba ke ne ke tsamaile le Ntate Motsamai, re ile naheng ea Kenya le Ntate Lebese le ‘M’e Kanetsi le ba bang.  Re ile ra bona ntho e ileng ea etsoa ke sechaba sa Kenya se ikisitse ka hare ho Paramente ea Kenya ka lebaka le le leng, hore, ‘ke rona ba le behileng moo, ‘me re batla ho le tlosa, re ke re tl’o lokisa litaba tseo re bonang li senyeha ka linako tsohle, tseo rona bakhethi re le behileng, joale le se le tsamaea kathoko.’

Ua tseba taba eo ke ile ka fumana molaetsa oa teng hore na ke ntho ea mofuta ofeng.  It’s a learning trip, eo mang le mang a ka eang ho eona, eo ea Kenya, ha se le taba eo re reng e ne e le lekunutu, hobane ho n’o ile Chairpersons.

Feela ke ne ke rata ho supa hee, Mohlomphehi, hore u ke u re thuse hore re lokise litaba tsa Lesotho hore le tsona li lokele sechaba sa Basotho.  Re ka lula ra bua mona, ra etsa lintho tsohle, empa ha ho na katleho e tla fihleloa hafeela ho batho ba ntseng ba khethiloe e le bona ba tsamaisang puso ho se na letho la neheletsano, kapa ho joetsa sechaba hore na ho ntseng ho etsahala ke ho fe.

Ka hona ke ema mona ho hlalosa le ho ts’ehetsa taba ena hore ekare e ka lokisoa ka ‘nete, hobane e re etselitse ntho e bolutu ka hare ho sechaba sena sa Basotho.

Ke ne ke re, Mohlomphehi, ha ke buile hakaalo, e tle mpe ebe le ‘na ke fane ka molangoana oa ka, kolits’ane ea ka, litabeng tsena tse behiloeng ke Morena oa Linare.

Kea leboha, Mohlomphehi.

MADAM PRESIDENT:  Honourable Senator Motsamai, u ka tsoela pele.  O-o, kapa re fe Morena oa Mats’ekha hoba o sa eme?

HON. SENATOR R.P.L. PEETE:  Ke se ke eme.  U liehile.

MADAM PRESIDENT:  Morena oa Mats’ekha.

HON. SENATOR R.P.L. PEETE:  Kea leboha, ‘M’e President.  Ke ema mona ke tlatsa Tlhahiso ena e matla ea Setho se Khabane Morena oa ka Morena Khomo-ea-Litlale, Morena oa Leribe.

Hantle-ntle ha u mametse Tlhahiso ena, ‘M’e, Ntate o re na re le naha re etsa’ng ka bana baa ba rona bao re ntseng re ba isa likolong, ba ntseng ba tsamaea ba tletse seterateng moo, Morena oa ka Morena oa Ha Ramabanta?  Potso e kholo eo Ntate Joele a e botsang ke hore na naha ha e patala ka Manpower, e kenya bana ba sechaba sekolo, re patala li-billion re le naha, naha eo re ntseng re re moruo oa rona o’a tetema, joale re patala billions, re re re isa bana sekolong, eba bana bano ba rona ha ba tsoa sekolong ba fihla ba ba redundant, ba ntse ba itsamaela feela seterateng mona…  Ke potso eo Ntate Joele a e botsang, eo ka ‘nete ha u le motho ea nang le tsebe, ea nang le leihlo la ho bona, taba eno e ea u ngongorehisa.

Ua tseba naha ea China, ‘M’e President, e ile ea ikeletsa hore e batla ho isa bana likolong ba il’o ithuta litaba tsa mahlale, ‘me linaha tse kang China ka hobane ke linaha tse tsoetseng pele, ba tseba e le naha hore na bana ba entsoeng enrol tertiary institutions tse teng ka hare ho naha eno na ke bana ba bakae, ba etsang courses life, ‘me naha e lula fats’e e ea rera hore na bana bana ha ba tsoa sekolong mono na re tl’o etsang ka bona, ho se ke hoa its’ebeletsoa feela eaka ekare re mahlanya; u se ke ua jala feela u sa lebella ho tla kotula. 

Na e tla be e le mosebetsi o motle, Ntate Sempe, ha u ka nka peo ua ea e jala masimong, u sa lebella ho tla kotula? ‘Na ha ke bone eka e tla be e le ho sebetsa ho nang le boikeletso bo botle.

Seo Morena oa ka oa Leribe a se bolelang ke hore na ha re le naha, re pepetehile lichelete tseo tse kaalo, joale ho bonahala re se na plan ka bana bana bao re tsoa ba isa sekolong re le naha, na ha re bone eka rea lahleheloa na.  Ha ke re u cho joalo, Morena oa Leribe?  U re na ha re bone eka rea lahleheloa ka ho etsa joalo na?

 Ntho e etsahalang, ‘M’e President, ke hore batho bana ha re qeta ho ba ruta ka chelete ea rona ba tsamaea, ‘me ha ba tsamaee hobane ba tsoafa naha ena ea habo bona, ke hobane naha ea habo bona ea Lesotho e sa bone molemo oa bona.  Ba tsamaea ba ea linaheng tse ling, ba il’o ruisa linaha tseno ka thuto eo ba e filoeng ke rona.  Batho ba na ba tsamaea e il’o ba engineers linaheng tse ling, ho il’o ahoa marokho, ba tsamaea ba ea linaheng tse ling ho il’o etsoa polish litaemane, ba tsamaea ba ea linaheng tse ling e il’o ba manese teng, ho alafuoa batho mafu a fapaneng.

Batho bano ba kentsoe sekolo ke naha ena ea Lesotho.  Lesotho le qetella lona le na le shortage ea lingaka, manese, engineers, empa re pepetehile chelete re le naha ho ruta batho bano ba joalo. Mong’a Tlhahiso o re ke nako joale, hobane it is never too late for man to mend, hore bana ba na bao re ba kenyang sekolo le bane ba seng ba le ka ntle ho naha, re etse meoloane ea hore re ba etse attract hore ba khutlele ka hare ho naha.

Mong’a Tlhahiso o re ha u sheba ka mane ka limmaeneng, bo-Kao, Lets’eng le tse ling, ho sebetsa balichaba.  Ha u sheba ka borokhong ka mono, ‘M’e President, u tla bona hore literaka tse emeng ka mono ke literaka tsa Khauteng, Eastern Cape le Free State, tse laeshileng lithepa, lithepa tse kholo tse boima, tseo ho tsejoang hore teraka eno ha e tloha ho plant eno eabo eona, e pataloa chelete e ngata hampe ea standing charge, hore feela e tsoe pele e tl’o pataloa load eno eo e e jereng, feela bana ba Basotho ba na le literaka mona.  Kapa haeba ha ba na tsona, hoban’eng ba sa khothaletsoe hore ba li reke, hobane re na le libanka ka hare ho naha ea Lesotho? Ke hobaneng ba sa  khothaletsoe hore ba li reke, re tsebe ho etsa promote Private Sector, Ntate Sempe?  Bana ba bacha ba tsoang sekolong, hoban’eng ba sa khothaletsoe hore ba kene khoebong?

Taba ena e ne e ntse e buuoa ke Dr. Lebese matsatsi a ho feta. Ha ke re, Doctor?…(LITS’EHO)… Ba ne ba ntse ba bua, Litho tse Khabane, hore ‘Muso oa Lesotho o k’o bone bohlokoa ba hore ho koetlisoe bana bana ba Lesotho, hore ba se ke ba ipona ba hloka ho hiroa, ba bone bohlokoa ba hore ba be teng kahar’a Private Sector, ba iketsetse, ba bone bohlokoa ba hore ba ee bankeng, ‘Muso o bue le libanka hore, thusang batho bano ba iqalle their small businesses, ba iketsetse, eseng ebe bana ba Basotho ba qetella ba ja lithethefatsi, eseng ebe bana ba Basotho ba qetella ba rekisoa, ba etsoa human trafficking  ke beng ba lichelete.

Ke ne ke bua le ntate e mong haufinyane Letona la Merafo, ke ‘motsa ke re, ‘Ntate, le ntse le etsa’ng ka bana baa ba Basotho ba ntseng ba etsoa human trafficking ke batho ba South Africa, ba ba ts’episa chelete?’  O ile a re, ‘Ntate, taba eno re ka hare ho eona, re ntse re e sebetsa ka matla le counterpart ea hae South Africa.’  Feela a re ntho e bohloko ke hore the South Africans are complaining hore Basotho ba etsa illegal mining kahar’a naha ea bona ea South Africa, ba iphumana ba le teng kahar’a Litlolo tsa molao, ba le teng linthong tseno tse joalo.

Letona la Mining la re ho ‘na, feela joale ntho e makatsang ke hore batho ba hohelang batho bana, le ba ba patalang ke the South Africans, ha ba pataloe ke Basotho ba bang, ha ba pataloe ke naha ena ea Lesotho, empa ba pataloa ke banna ba likotlo ba nang le chelete ba hona mono South Africa.

Banna ba etsang own li- mines tseno ba a tseba na ho setse’ng ka mines tseno tse se li koetsoe, ‘me ke bona ba bulang li-mine tseno ka mokh’o illegal, ke bona ba etsang attract bana ba rona ba senang mosebetsi mona Lesotho hore ba il’o ba fa mesebetsi, ebe ba il’o ba fa mesebetsi eno e illegal.

Mesebetsi eno e kotsi eno eo batho ba kenang kahar’a mine o seng o sa ts’ireletsoa.  Ebile ele metsoalle ea ba bang ba Maparamente kapa ba bang ele ’ona Maparamente kahar’a Naha eno ea South Africa. Ke bona ba fanang ka lichelete tseno tseo ho thoeng ha li kene ka bankeng, tseo ho thoeng beng ba tsona ba tsamaea ba li jere ka school bag.

 Ke tsona tsena tse etsang attract bana ba na ba rona, hobane ba redundant ha ba tsebe na ba ets’eng, kaha ba kene sekolo feela ha hona letho, ha ho na any incentives, ha hona any majors tse nkoang ke Naha ea Lesotho hore re bone na re etsang ka bana bana.

 Kea kholoa ha re ka ra botsa Minister of Education a ka ‘na a thatafalloa ha o ka ‘motsa randomly hore na re na le bana ba bakae tertiary schools tsa rona moo Lesotho mona. Ha a n’o tseba ha u ka ‘motsa hore na ka Fokothi re na le bana ba ba kae leha u ka ‘motsa hore na ka Roma re na le bana ba kae!

 Ke ho re all in all re se re tlohela particularly ho bua ka faculty e itseng le e itseng, re re ka moo ka University ea Lesotho –  e na le bana ba ba kae hona joale ba tl’o graduate selemong see –  ha a n’o tseba! I don’t think hore a ka tseba. Otla tlameha hore liofisiri tsa hae li il’o mo etsetsa research pele, ho mathoe pele ebe ele hona! But ke ntho e ng e tlameha ebe e lutse tips tsa hae mona; ke ntho ea e tsebang, hore re na le bana ba ba kana kahar’a University ba tl’o graduate selemong sena, ba entseng engineer ba  ba kana, ‘me naha e ikemiselitse hore bana ba ba kana ba  tl’o tla ba etsoa absorb ke mine, ba ba kana re tl’o etsa tjena ka bona.

Ha u n’o utloisisa hore na hoban’eng Senate se sa etse hore se etse absorb batho bana. Ha re na Office ea Research hona joale!  Ha na e ne e le ntate Nkuatsana motho oa Research, akere? Se k’a bua ‘Me President o ntse a le teng. E ne e le Ntate Nkuatsana eo e ne e le Researcher mona ea ba esale a itsamaela ntate eno oa Molimo, ha re tsebe na e teng Office ea Research mona na Senateng! ‘Me haeba e teng na ke office e entsoeng set up ka mokhoa o permanent kapa ke bana ba le thusang feela for a few months?

‘Na khothaletso ea ka…. Ke ne ke batla ho tseba hore na ke office e phelang e hirileng batho ba permanent na kapa bo ‘Me bao ba sebetsang kahare ho office eo ke batho ba sebetsang hoa nakoana na? Okay! Ke bo ntate? Ke hobane le na le nako e telele le sa etse lintho hantle, joale ke ntse ke nahana hore le ntse le le hona mane., Feela empa hee, che, haeba office eno e joalo e fuoe bahlanka kannete kea leboha, ‘Me President.

HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE:  Kannete Setho se Khabane Morena oa ka Morena oa Mats’ekha o nts’a otla hantle ka matla, empa e le taba ea hore feela Morena oa ka na o hlokometse hore ekanna eaba hangata ha ho hlokahala ho etsoa research –  ekaba ka issue eo u batlang ho tla e etsa Potso, u e qaqolla kapa Tlhahiso eo u batlang ho e etsa kahar’a Ntlo ka mona u sheba likateng tsa eona ebe u thola batho bao u buang ka bona e le bo-ausi bao kamoo kapa ausi eo, motho oa researcher?

MADAM PRESIDENT: Setho se khabane, ke kopa hore Potso eno ea hau u e ts’oare.

Hon SENATOR J.A. MOTS’OENE: ke kopa hore ke e qetele, Mohlomphehi.

Ke ne ke re batho ba khethuoeng ka moo na ba fumaneha, ‘me haeba ba khethuoe na Setulo se fane ka bona ka pele ho Ntlo na?

MADAM PRESIDENT: Ke kopa, Morena oa ka kea kholoa, che, ke utloile hore mohlomong u ne u sa hlokomela hore office eno e se e na le batho. Ka nako e telele eo u reng re ile ra etsa lintho hampe ke nakong eane e telele eo le uena u neng  u ntse u sa tle mosebetsing. ‘Me nakong eno ke eona nako eo re ileng ra etsa hore re tsebise Litho officers tseno ka eona, ‘me haeba ka nako eno mohlomong u ne u le sieo, Litho tse ling li’a e tseba office eno. Ke nakong ea khale, ke Paramenteng e fetileng koana.

 Kea leboha Setho se Khabane.

Hon. SENATOR P.L. PEETE: Nka tsoelapele, ‘Me?

Ke tla tla potsong ea hau, Morena oa ka oa Leribe. Ke ne ke re ke arabe ena ea Madam President pele. Ha se ‘nete hore ‘ke na le nako e telele ke sa tle mosebetsing. Hoo e leng hona ke hore joalo ka Litho tse ling boholo ba rona re Marena a Sehlooho re na le li-office koana hae, ‘me ho ka ‘na hoa etsahala hore a day or two ke be engaged in other matters at the office ea Morena oa Sehlooho koana haeso Mats’ekheng. Ea nako e telele eona ha e-eo, ‘M’e, ha ho joalo!

Ke boetse hape ke araba ea hau, Morena oa ka oa Leribe. Ke re ‘na kannete haeba ke ile ka ba sieo letsatsing leo e ile ea mpa ea e-ba bo-mali-mabe feela. Kahare ho office eo ho ile hoa eba le nako e telele haholo eo ho neng ho se na batho ka mono kahare ho office ea Research, empa haeba ba se ba le teng ke thoholetsa  Ntlo ena e-so e Khabane  ka mosebetsi ono o motle. Ke re e se eka e ka ba ke batho ba sebetsang ba le permanent ba utloisisa mosebetsi from scratch ho ea pele. E se ka ba batho bao ekang ba sebetsa ba hauhetsoe feela ba tseba mosebetsi.

Ke khutlela Litabeng tsa Motion, Morena oa Leribe. Ke ntse ke u tlatsa ke re ke ne ke le mothating oo ke reng ha u ka ua bona ka mono ka borokhong  u tla fumana ho eme literaka tse tsoang South Africa, Durban, Gauteng le kae , tseo  beng ba tsona eleng  bahlankana ba ntseng ba le lilemong tse tlase haholo, ba entsoeng encourage ke ‘muso oa South Africa hore ba ithukhubetse litabeng tsa private sector ba sebetse ba reke literaka ba be le likhoebo tsa supply, ntho eo ke reng LHDA le ‘muso oa rona oa Lesotho ba ka thetsana ka matsoho hore bana ba Basotho mona Lesotho ba etse ntho eno, Morena oa ka oa  Ha Ramabanta.

Ntho eno e etsoang batho ba South Africa ka mono, batho bano bao Morena oa ka oa Tajane a ba bolelang ka lipalo tse holimo hore ke machina feela a etsang mesebetsi eno, ho qetella le oa ho etsa supply liphahlo, liofarolo –  ke lintho tse ka etsoang ke bana bana ba Basotho. Ha e hloke ebe ebe company eo hothoeng e na le experience.

 Lesotho mona ha u ka re u batla ho register company kapa ha o ka re o batla mosebetsi o batloa ten years’ experience. Joale haeba re re re khothaletsa batho ba bacha ba tsoang likolong hore ba ipulele li-company joale hothoe ho batloa experience eo ea nako e kaalo-kaalo ke mokhoa o bobebe oa ho bonts’a hore motho eno a joalo o tingoa mosebetsi.

Seo ke se bolelang ha ke ntse ke tlatsa Motion ona oa Morena oa ka oa Leribe ke hore ho etsoe mekhoa e bobebe e khothaletsang bana ba Basotho ho iketsetsa; ho etsoe mekhoa e bobebe ea hore bana ba Basotho ba amoheloe mesebetsing hona ka mono ka mine ka mono, ho sa shejoe mebala ea lipolotiki tseo ba tsoang ho tsona, ho sa shejoe malapa ao ba tsoang ho ona, lifane tsa bona, ho sa shejoe history ea malapa abo bona, empa ba fuoe mosebetsi ka kakaretso.

Ngoana oa Mosotho haeba a qualify a na le mangolo a hlokoang kapa ngoana oa Mosotho haeba a etsa register company e kaetsang supply thepa e hlokoang motho eno a joalo a thusoe, hobane motho ha register company, ntate Tholo, banka  eona ha motho enoa a na le lengolo la hore o fuoe mosebetsi oa hore a etse supply liphahlo tse aparoang mono mosebetsing o joalo, banka e mo lokollela chelete, hobane e ea tseba hore motho enoa o il’o  etsa supply, ‘me motho enoa ha  a se a entse supply o t’lo pataloa ‘me ha a pataloa o tl’o patalloa bankeng ena.

Ke mokhoa o bobebe oa ho etsa mesebetsi, empa mona Lesotho ha ho etsahale joalo. Hore motho a etse supply ka mono ka masoleng a etsa supply a fepa sesole ho lokela ebe motho oa party line e itseng. Hore motho a fepe sepetlele seno sa Mofumahali Mamohato Memorial o lokela ebe motho oa party line e itseng, kapa a tsebane le PS mang mang. Athe Motion ona oa Morena oa ka o re batho bohle ha ho hlokomeloe welfare ea sechaba sa Basotho ho sa khethoe mekhahlelo kapa li-group tseo ba leng ho tsona, ‘Me Nthupi.

Hantle-ntle section 18 ea Molao oa Motheo e re ho se ke hoa eba hoa etsoa motho discriminate ka tsela efe kapa efe, re tlohelle lipolotiki tsa hae, re tlohelle kereke ea e kenang! Hore na o kena likereke tsena tsa li hloma o hlomole e kenang mona kajeno ka sontaha sa beke e tlang e se tsamaile, hore na o kena tsena tse potapotang, hore na o kena efeng… motho a tlohelloe hore a lokolohe a kene kereke eo a e kenang. Ha re tlohelle likereke!

Ho se ke hoa tsotelloa hore na ke motho oa lipoletiki life.  Lesotho mona bothata boo re nang le bona, mokha o mong le o mong ha o kena in Government, ho ja ba eona feela.  Rea tseba hore Lesotho mona, ke ‘nete teng –  hoo e leng ‘nete e phelang hoo re ke keng ra ho tlohella, ke ho re ‘metla-khola o lebisa ho oa habo.  Motho ekaba ke sehole se sekae se ka tlohellang bana ba sona ba lapile ebe o fepa ba batho ba bang!

Ke ne ke re ha re se re ile ra re re u file –  u fuoe puso ke sechaba sohle ka kakaretso, eare ha u fihla ‘Musong eaba u icheba ele uena le ba haeno feela –   u se u le ‘Muso oo e seng e le oa sechaba sohle.  Ka lebaka lena ho bohlokoa hore ere ha u se u le pusong u nahanele bohle.

Bukeng e Kholo ho thoe molisana o ile a tlohella linku tse 99 a batlana le e le ‘ngoe.  Seo ke se bolelang ke ho re…

MADAME PRESIDENT:  Order!  Setho se Khabane, u salletsoe ke metsotso e ‘meli, qetela.

HON. SENATOR R.P.L. PEETE:  Kea leboha, Mohlomphehi. 

Ke re ha u le ‘Muso, bana ba u khethileng, 99 ena e u khethileng e se e ntse e le ea hau, ho ka ba bohlokoa hakaakang hore u tsoe u e’o batlana le bane ba neng ba sa u khetha hore ba bone bohlokoa ba boteng ba hau ka hare ho puso.

Kea tseba hore le ntse le nkutloa hantle hore na ke ntse ke re’ng. Ha ke e-s’o phapharetse.  Kea tseba e ka tloha eaba le etsa eka ha le utloe, feela le ntse le nkutloa hore na ke re’ng. 

Ka mantsoe ana ke tlatsa Tlhahiso ena ea Morena oa ka oa Leribe.

HON. SENATOR M.M. MOSHOESHOE:  Madame President, kea u hlompha, ‘M’e.  Ke bone le Ntate Vice-President o teng ka mona.  Ke hlomphe le Litho tse Khabane.

Mohlomphehi oa ka, Litho li se li buile ka matla, tsa khobotla ka matla haholo Tlhahiso ena ea Morena oa ka oa Leribe.  Ka’nete le ‘na ke ne ke re ke akhele a mabeli, a mararo ho eona.

Ha ke na ho ba molelele joaloka Lets’ekha, ke tla li otla ke li khutsufatsa.  Tlhahiso ena e matla haholo, ‘M’e, eo ka’nete sechaba sena sa Mokhotlong se neng se lebelletse hore ha e le mona Morero o ea ka ho sona, sechaba se tla una molemo o matla haholo.

Ha u sheba taba ea Morero ona – meralo eona e teng e metle, le li-policy li teng li ntle, empa feela sechaba sa mono se lula se lla kamehla.  Ho ile hoa ba hoa fihla tlhokomelong ea Ntlo ena hore ho ke ho nkoe leeto selemong sena se fetileng ebe Bahlomphehi Litho tse Khabane lia nyoloha, lia tsamaea li ea ka mono, li e’o qoqa, li be li pota-pote, li shebe.  Ka’nete empa hee, ‘na ke ne ke sa ea, empa ke ile ka utloa Tlalehong ea Litho ha li khutla hore ho sebelitsoe hantle.

Ka hona, ke ne ke re, Mohlomphehi, leha ho le joalo sechaba sona se ntse se lla. Haufinyane mona re ne re fumane litlaleho tse bolutu li hlaha hona Mokhotlong mane tse bonts’ang hore ho na le melata joale e kena-kenanang le baroetsana mono, e etsa thobalano e bileng e sa sireletsehang.  Ntle le banana feela, melata eno e sebetsang mono e robala le banana ebe e qhale le malapa, ebe e robale le basali ba nang le malapa a bona.

Joale eaba ho fumaneha hore sekhahla sa HIV/AIDS sea nyoloha ka mono.  Ke ntlha ea pele.  Ea bobeli hoa, fumanoa bokhachane bo sa reroang hore bo phahame haholo ka mono ka Mokhotlong.  Ho ne ho na le lipalo-palo mona tse neng li nts’oe mona, ‘M’e. Ke ntse ke leka ho sheba, ke mpa ke sa fumane mona hore na – e ne e le lipalo-palo tse ts’osang hona hoo!

Ntle le bokhachane bona bo sa reroang, eaba joale the end results ha ba qoba hore ba tl’o etsa bana ba Machaena kapa bana ba melata, eaba joale ba qhala kemaro ka mekhoa e sa nepahalang, ‘me ba bang ka’nete ba ile ba fumanoa, eaba ba isoa lipetlele, ba bang ba hlokahala.  Ka’nete e bile taba e mpe haholo.

E ‘ngoe case e ileng ea hlaha mona, e mpe, ke ea hore molata ka mono ke ha a fihla a beta mosali oa Mosotho.  Mosali enoa oa Mosotho a ba a fihla a mo tlaleha Sepoleseng.  Ha a se a entse joalo, eaba molata ona o tla ka chelete e ngata o re o lefa mosali enoa.  Litumellano tsa ba teng, eaba neng-neng mosali enoa o se a re e nyenyane, ho eketsoe chelete hape. 

Article eno e teng e ne e ntse e potoloha le marang-rang mona, re ka e batla ra e fumana.  Ke litaba tse bolutu tseo u bonang hore environment eno e pota-potileng Morero ono ho na le moo ehlileng e hatang batho bano ba phelang mono habohloko.

Se seng seo ba neng ba lla ka sona ke ho re ele baahi ba phelang sebakeng seno ba ne ba ee ba ikele mono ba fihle ba ts’oase litlhapi sebakeng sa ho ja le malapa a bona.  Ha ba se ba ntse ba ts’oasa litlhapi tsena ka matlooa a bona a fokolang, ka lintho tse mona tsa bona tse fokolang, eaba ba fumana hore out of this ba ka etsa profit, ba se ke ba etsa mosebetsi ona oa ho ts’oasa feela for consumption, eaba ba ntse ba ts’oasa litlhapi, ba ja le malapa a bona, eaba joale ba se ba ts’oasa tse ngata-ngata, ba rekisa.  Ba bona hore ba isa bana likolong, ba haha matlo ka phaello eo ba e fumanang mono.

Ha ba se ba entse joalo eaba LHDA le eona ea chencha ka nq’ena ea etsa melao ea hore na ka letsatsi bonyane u ee ka mane u fihle u fumane litlhapi tse kae, eseng u nke tse ngata.

Mohlang ba ileng ka mono ho ee ho etsahale hore ka nako e ‘ngoe letlooa lena ha u le akhela, ha ke re ka nako lehlohonolo la hau ha u tsebe na le tla ba neng, ebe u tla le tse ngata, joale Mapolesa a ea a fihla a bala tseo ho thoeng tsena li u lekane. 

Morena oa ka oa Leribe o re ho ne ho thoe bonyane ka letsatsi motho a nke tse ‘ne feela.  Ha u ka fumana tse fetang mono, tsena tse ling li nkoa ke Mapolesa, lia ts’oaroa li isoa Sepoleseng.  Ka’nete e bile litaba tse bolutu.  Eaba joale batho ba bonts’a hore ba phela ka ho ts’oasa litlhapi, ke moo ba phelang le bana ba bona, ba holisa economy ena e around mona.

Joale ho thoe company ena ea Machaena ha e se e entse melao e etsa restrict baahi bana hore ba se ke ba ts’oasa litlhapi tse ngata le hore ba li rekise, ba se ke ba etsa khoebo ka ho rekisa litlhapi.  Eaba e ikeletsa hore eona ha e qeta ho ts’oasa litlhapi tsena, e etsa process tlhapi eo, e fihla e poma molala oa tlhapi, e nts’a fish bone, ebe melala ena ea litlhapi tsena e li isa sechabeng mane, e fa sechaba, ebile e rupela sechaba hore matla le li-nutrients li fumanoa hloohong ea tlhapi.  Ba re sechaba se je hlooho, le fish bone le mehatla hobane li fana ka li-nutrients

My source of information ke mong’a Tlhahiso.  Ke kopa litaba tsena le tle le ipalle tsona, ke li fuoe ke Morena oa ka mona hoseng, ka’nete ke ne ke ts’ohile hoo.  Joale sechaba sa mono se phela ka tsona lihlooana tsena tsa litlhapi le mehatla, ho thoe bonyane haeba u atlehile, u fumane litlhapi tse ‘ne per household ka letsatsi.

Joale bona ba bonts’a hore pele melao ena e thatafalitseng –  the restrictions tsena tsa Melao ea LHDA pele e ba teng, bonyane ka letsatsi ba ne ba atleha ho rekisa litlhapi tse ka bang 1500 ka letsatsi, ebe joale ba rekisetsa batho ba hlahang ka ntle, joale hona joale ho se ho le thata haholo, Melao e se e ba hanela, ho se ho thoe ba ts’oase litlhapi tse ‘ne, ho tloha mono ba phele ka lihlooana tsane le masapo ane.

Ke ho re re ke re kene lieteng tsa bona. Ha ke tsebe Marena a ka a mangata ka mona a Setereke sa Mokhotlong ke bona ba ka re fang litaba.  Litaba tsena li bohloko haholo, ‘M’e. 

Joale ka ha re ne re cho re le lesisitheho la ho tsoela pele ka Tlhahiso ena, e ne eka LHDA e ka be e le teng mona le Lekala ebe ba mametse litaba tsena.

Ke utloile ha u leka ho etsa justify hore Hansard e tla ba teng, empa ke batho ba bakae ba eeng ba tle moo ba tl’o kopa Hansard, Mohlomphehi, ba e bala?  Ke makala a makae a etsang follow Hansard ea Senate? Empa ha ba ne ba le teng ka mona, ba bitsuoe, ho ne ho le betere ho feta ha re ts’epela hore ba tla bala Hansard.

Ka mantsoe ana a makhuts’oanyane, ke ne ke re ke tlatsa Morena oa ka oa Leribe.  Tlhahiso ena ea hae ka’nete e matla haholo, e manoni.  Hoa bonahala hore ruri ehlile o hlaha ka Leribe ka mona. 

Kea leboha, Mohlomphehi.

HON. SENATOR L.L. SEEISO:  Ke kopa ke u lebohe, ‘M’e President, Ntate Vice President, Tafole ea hau ho kenyeletsa Litho tse Khabane. 

Lehlohonolo ke la hore re nka re lokela ho leboha Molimo ka ho re alima bophelo, ha e le mona re khutlile Pasekeng, empa ke kopa hore ke tle ho hoo e leng taba letsatsing la kajeno, ke tle ke re Mosotho oa khale o na sa fose ha a re letla-le- bonoa ha le emeloe, Morena Joel. Ke kopa ke phete hape hore maele a Sesotho ke a reng, letla-le-bonoa ha le emeloe!

Naha ea Ireland ke e ‘ngoe ea linaha tse ruileng ka hore batho ba ileng ba fihla boemong ba likolo tse phahameng tsa li-University bongata ba bona ba ne ba tsoa ka hare ho naha eno, ‘M’e ‘Mamokitimi, ba ea linaheng tse ling tse ruileng, tse nang le mesebetsi ea lithuto tse bohlokoa _ Ba ea linaheng tse joalo ho ea nyanya kapa ho nyanya mahlale a linaha tseno, Morena Joel. ‘Me kamor’a lilemo tse ngata batho ba joalo ba ile ba qetella ba khutlela naheng ea bo bona, Ntate.

Litho tse Khabane, ke mokhoa ona le hona joale har’a linaha tse ngata Europe Ireland e batla e tsitsitse moruong. Joale empa ke tle ke boele ke re ke kopa hore re tle re ikhothatse re le Basotho re tle re nke mantsoe a reng ha hona ntho empe e se nang molemo, ‘M’e President.

Taba ke ea hore re se ke ra lumela hore litaba tse mpe li iphete, li be li iphete. Re lumele ho ithuta ntate, Motsamai.

Ke kopa ke tle ke etse mohlala leha e ka ba e ka re ha re holim’a taba ena. Sesoleng sa Lesotho khajana ho na le batho ba ileng ba tsoa ka har’a naha ena ba il’o ithuta guerrilla tactics, ‘me har’a batho ba joalo motho ea neng a etelletse batho bano ba neng ba ile thupelong naheng ea Mozambique ke ntate Sehlabo.

Ba ile ba ea naheng eno ho ea ithuta guerrilla tactics kapa warfare. Ke bua tjena ke re, ‘M’e ‘Mamokitimi, motho u nts’u nka hore Sesole sa Lesotho hoja se ile sa tsoela-pele ka koetliso eno e joalo e ka be e le ntho e teng maling a Sesole sa Lesotho, e le hore ha ba iphumana ba tlameha ho ea linaheng tse ling tseo e bang lintoa tsa teng li hloka hore ebe ho ka loaneloa kahar’a meru kapa kae e ka be e le ntho e bonolo. Joale empa ‘nete e teng ke ea hore Sesole sa Lesotho re ntse re lokela ho ikotla sefuba ka sona ka hore har’a lichaba tse ngata hona naheng eno ea Mozambique se ne se hlahella se ipabotse.

Taba ke ena moo ke reng Morena oa ka oa Thaba Bosiu o e behile ka bokheleke bohle ha a bua ka taba ea motho e kang ntate Trump, e leng president ea America. E ntse e tla moo ke reng taba eo a e behileng ke ea hore naha ea China hona joale tjena e lalletse linaha tse ngata tseo America e neng e li thusa, ‘M’e President, ka hore linaha tse ngata li bothateng, ‘me li se li lebelletse hore ekare li ka khaketsoa.

’M’e hona tjena ehlile China, joalo ka ha ntate Khoabane a behile, naha ea China ka boemo bono feela e tl’o tla e nka monyetla, Morena oa ka oa Thaba bosiu, ka hore naha ea Lesotho boemo bo kang bona ehlile e tl’o iphumana e le eona e tla tla e sheba ka qenehelo hore naha ea China e tl’o tla re thusa re le Basotho, ‘me mesebetsi e mengata e neng e ka etsoa ke bana ba Basotho China e tla tla e nka monyetla oa hore e be Ma-China pele.

Ke kopa hore ke tle ke etse mohlala, Morena oa ka oa Sehlooho oa Tajane, hore Lekala le amanang le litaba tsa Metsi hona le moo ho thoeng ho nahannoe, ‘M’e President, ka hore Lekala la Metsi le nahanne ho ea etsa pokello ea metsi lipakeng tsa Matelile, Tajane le Likhoele. Pokello ea metsi ano, ntate Motsamai, a tlang ho abeloa kapa a tlang ho fuoa naha ea Namibia, haeba ha ke lobe litaba… oo! Botswana, ntate!

. Kea leboha, ntate.

Le hona boemong bona, Morena oa ka oa Leribe, e ne e ka ba hore ebe re ithutile re le Basotho –  learning from the past mistake to avoid future ones ka hore ha re bone ebe re bone. Re itjoetse hore_ ha re tsebe hore na project eno e tla tla e phethahatsoa neng, ‘me ke nka hore litsebohali tseo e ka bang li teng naheng ea China e ka ba ho nka batho ba li engineer ba teng kahar’a naha ena ea Lesotho hore ba ka fuoa monyetla oa hore ba isoe leha e le ho li-course tsa nako e khuts’oane, feela ba nke monyetla oa litsebo tseo e bang linaha tse kang China li ka li fa Basotho. Ho hl’o isoe batho ba bangata ka hore batho ba joalo ba tle ba fumane mahlale a ka tla thusang naheng ea Lesotho.

Hona joale tjena haeba ho ile hoa ba le hore ho k’o koaloe taba ea phallo ea metsi moo ho il’o lokisoa (kea kholoa ke Ha Katse) kenka hore karolo ea litsebi tse ngata tse ileng tsa sebetsa taba eane ea ho ntlafatsa tonnoro, ke nka hore ha ho ne ho nepahetse e ne e tlameha ebe ke Basotho, ntate ‘Mako, ba neng ba filoe monyetla ona.

 Hona joale tjena ke nka hore bongata ba batho ba thusitseng hoea sheba taba eno ea tunnel ke nka hore ke litsebi tse hlahang linaheng tse ling, ‘me ba tla lefshoa ka khafa ea Sechaba sena sa Basotho.

Ke ne ke kopa ke fe ntate Motsamai potso, Madam President.

MADAM PRESIDENT: Potso Setho se Khabane Honourable Senator Motsamai.

HONOURABLE SENATOR MOTSAMAI: Ke lebohe haholo, ‘M’e President.

Morena oa ka, ka ‘nete, ntate Tholo, u nts’u tsóere hantle. Ke mpa ke ne ke batla hore na maikutlo ana a hau ha thomehe hore  ho ka ba bohlokoa hore naha ea Lesotho hona joale e shebe interests tsa eona ka hore haeba project ena ea Makhaleng e tla qaloa 2027/28, joale rona re hle re qale hona joale re re na ke ea boemo bo bokae, e tl’o hloka mahe a makae, basebetsi bao ba moo ba tl’o hloka liaparo tsa mofuta ofe, ba tl’o hloka lisebelisoa life.Ke hore e be lintho tsena tse re reng li soft tsena tsa li artisan, hore na ba tl’o hloka ba tsebo efe ea plumbing, joalo. Ke hore lintho tseno kaofela ho latela matlo le eng.

Na ha u bone eka e ka ba bohlale hore naha hona joale e ke e be le boithuto bona joalo ka ha se re bone hore ka nq’ena re sitiloe ho ba le bona, hore re tle re tsebe ho tseba hore le nako eo ho etsoang awards contract re be re tseba hore rona re na le li-skill tseno tse tla tseba hore li etse fit kahar’a taba eno na? Ha u bone eka ke bohlokoa hore boinahano bono bo be teng ka mokhoa oo u ntseng u hlalosa ka oona?

HONOURABLE SENATOR L.L. SEEISO: Ntate Motsamai, potso ea hau ka boeona ke karabo. Keta-peleng ea naha ea Lesotho, ke nka taba ea hau ka boeona kapa potso ea hau ka boeona e matlafatsa seo e  ka bang ke ne ke sa se elelloa hore nka tla se beha ka hore, ‘M’e President, ha ntate Motsamai a botsa potso ena e re tlisa moo re reng re le Basotho ho tlang ho etsahala, ntate Motsamai, ha naha ea Lesotho ka Lekala Trade le tlohelletse taba ea phoromo ea setene (Loti Brick ke eno e koetsoe, ‘M’e Mamokitimi) ho teng ke hore chelete eo batho ba rekang setene ka eona ha e ne tlameha e be e ea potoloha ka hare ho naha, re le Basotho re tl’o tla re reka setene South Africa, ‘M’e President le Litho tse Khabane, ka chelete e li-Million tse ka ‘nang tsa etsa li-Billion.

Ke re ha u botsa potso eno e reng sebaka seno ka bo-sona Ntate ‘Mako –  ke nka hore ho tla tlameha hore ho ahoe matlo a batho ba il’o sebetsa mono moo ke nkang hore ha ho ne ho e-na le mokhoa oa ho aha kapa oa ho etsa setene Lesotho mona e ne e tl’o tla e-ba monyetla o tl’o tla o tsoela Basotho molemo.

Taba ea Ntlo ena ka bo-eona ha se Ntlo ea bohanyetsi, empa ‘nete e teng ea bophelo ke ea hore keletso e nepahetse ho motho ea e ratang. Taba ena e ntse e tla mona moo ke reng hangata bo-Ralitaba_bonyane morao tjena ‘na ke batla ke khothala hore bo-Ralitaba ba bangata ba tsoang likoranteng tse ngata ho bonahala matsatsing ana ba se ba na le hona hore ba tle ka koano.

E ka holimo ka mokhoa o ts’oanang, ha batho ba entse hantle bophelong, ntate Motsamai, ke hore ba ne ba ee ba joetsoe, ba bolelloe ha ba entse hantle.

Lekala la Likhokahanyo le Mahlale, ka ‘M’e Nthati esitana le batho ba mo tlatsitseng Lekaleng leno – ese le hore re rata ho bona ha re – Feela ke re sechaba sa Basotho ha se se na leseli la hore ho etsahalang na ke hofe ke nka sechaba se se nang tsebo ka bo sona se le mathateng.

Ha ho hlokahale le hore ke bue halelele, Mohlomphehi, kaha Litho tse ngata tse buileng pejana ho ‘na ke nka hore li behile ka makhethe, ‘me ke re Tlhahiso ena ka bo-eona, Mohlomphehi, ke nka hore e tla oela litsebeng tse tla ba le hona hore li e mamele ka qenehelo.

Ha ke buile hakana ke kopa hore ke kokobele.

Kea leboha, ‘M’e.

MADAM PRESIDENT: Hon. Senator Khoaele, hothoe ua ipheta! Hothoe u lule setulong sa hau u tsebe ho tla bua.

HON. SENATOR. L. KHOAELE: Kea leboha, Madam President. Ke u hlomphe, ke hlomphe Ntlo e Khabane le Litho tse Khabane.

 Kannete ke ne ke re ke mpe ke ts’oaele ho Motion ona oa Morena oa Leribe. Ke re, ache, ho latela boholo ba Motion ona ke tla be ke sa iketsetsa toka hore ke se ke ka beha mantsoe a mabeli, a mararo, empa leha ho le joalo ke tl’o tla ke bua ka bokhuts’oanyane.

Ke tl’o beha haholo lintlha tseo ke nahanang hore li bohlokoa. Ke ne ke re ha ho ba le merero e meholo kahare ho naha joalo ka Morero oa Metsi a Lihlaba –  ono oa Polihali K\kutloisiso ke hore morero ona o tlameha ho tlisetsa sechaba se joalo le ’Muso o joalo bophelo bo botle. Tebello ke hore maphelo a sechaba a tlameha ho fetoha ka mokhoa o positive, hobane ho na le botseteli bo boholo bo tla tla bo tlisa kuno e kholo ha ho se ho felile.

E leng hore ha ho ntse ho lokisetsoa hore morero ono o qale o be o il’o felella tebello ke hore maphelo a sechaba sa Basotho a tla fetoha haholo feela. Tebello ke hore ha ho felile maphelo a naha ea Lesotho a tla fetoha ke kuno e tla tlisoa ke morero o joalo. Empa motho u bona linthoana-nthoana tseo Litho tse Khabane li seng li buile ka tsona tse fapanang haholo le se neng se ka lebelloa.

Tebello ke hore ‘Muso oa Lesotho ha o ile oa eba litumellanong tsa ho kena morerong o mokaalo le ‘Muso oa Africa Boroa because hoa tsebahala hore it’s a bilateral relationship e teng e tsoetseng morero ono, Linaha ka bobeli li tlisa lithahasello tsa teng le litebello tsa teng ka hare ho morero, joaleebe li ba protect ke molao ha ho lumellanoe.

Joale motho u qala u khathatseha hore na ha ho hlaha litaba tse tjena na ‘muso oa Lesotho ha o tekenela tumellano eno le ‘Muso oa Afrika Boroa ba itlhophela ho tla kena kahar’a morero o joalo – e na ebe lithahasello tsa sechaba see sa Basotho na li ile tsa eloa hloko?

Morena oa Leribe o bua taba ea bohlokoa ea hore ho be le Cooperate Social Responsibility. O bua taba ea bohlokoa ea hore batho ba elelloehe ba bahoebi kahare ho morero ono.

Ha ba na ho elelloeha habonolo haeba ‘Muso oa Lesotho ha o elelloe hore ho etsa trade le likhoebo tse kang tsa Machaena ruri tse nang le litsebo – ‘me ho lokeleha hore li be teng kahare ho morero o joalo.

Ba ne ba tlameha hore ba sirelelitse bonkoapo ka hore bana ba litsebo li kholo, e leng bana ba nang le lichelete tse kholo ba se ke ba hohola sohle le se ka tsebang ho hlahisoa ke Mosotho.

E leng ho re ‘Muso o ne o tlamehile o sireletse relationship eno e bonkoapo, ebe likhoebo tsa Basotho li tseba ho sebetsa kahare ho sebaka se joalo. Likhoebo tsa Basotho li sieloa karoloana e itseng feela ea lintho tseo hothoeng tsena tsona lumellang the local companies li sebetsane le tsona ebe tsane tse ka bang technical, tse ka hlokang lichelete tse boima, ke moo li ka hlolisanang teng le li-company ho lumellehile.

But ho na le karolo ea bosebeletsi e tlamehang ho sireletsoa. O buile Morena oa Matsekha ka litaba tsa bo ho etsa supply lisebelisoa ka mono ka mefuta e fapaneng. Ekare such should be earmarked for li-company tsa Basotho feela. Ntho eno e tla tlisa molemo o moholo ebe ha ho na relationship ena eo ke reng e bonkoapo.

Ha ke feta mono, ke hore e ‘ngoe ea litaba tsa bohlokoa eo ke e nkileng kahare ho Motion ona ke eona ea Corporate Social Responsibility. Tebello ke hore metse le metsana e pota-potileng morero ono ho tlameha ho bonahale maphelo a batho ba eona a fetoha ka sekhahla se seholo, likhoebo tsa bona tse teng li phahama, bana ba teng ba likolong le ba hlotsoeng ho ea likolong hoba le matlole a behelloang ka thoko hore ho thusanoe hore ba ee likolong tseo Manpower e hloloang ho khahlametsa teng.

Ho tlameha ho bonahale, Bo-‘M’e le Bo-Ntate, bacha ba sebetsa kahare ho merero e joalo, ba nang le litsebo le ba se nang tsona kahare ho metse e pota-potileng sebaka seno.

Empa u bona re ntse re kopana le tlokotsi ea hore li-company tsa melata tse hlahang linaheng ka ho fapana tse sebetsang moo li itlela le batho ba tsona ba hlahang ka thoko e le bona ba etellang pele mesebetsi e meholo ho li- position tse kholo kahare ho sebaka seno. Joale bana ba Basotho ba kena ho li-position tse nyane tse hlokang litsebo. Li-company tsa bona li ntse li tletse le batho ba bona ba tsoang linaheng tse ling tsa bo-bona ba sebetsang ka moo.

 It becomes worse ka hore bona batho bano ba hlahang ka thoko ba sebetsang mesebetsi eo re reng le Basotho ba ka tseba ho e sebetsa bona ba pataloa lichelete tse ngata tsa li-salary khahlanong le bana ba Lesotho. Ha ho na balance kapa equity ha ho tluoa meputsong e fumanoang ke melata le bana ba Basotho kahar’a naha ea bo-bona, ‘me taba ena e re ke relationship e bakelang Basotho khatello ea maikutlo le ho nyahama ha u fihla u sebetsa ho fiela ntlo e ntseng e fieloa ke molata, feela uena u khola sekete empa molata o khola likete tse ‘ne! What kind of relationship is that?

Ke mokhoa ona ke reng ‘Muso oa Lesotho litaba tse kang tseno o tlameha hore ebe o li etse hloko, o tlameha hore ebe o li rarollotse.

Ke re le moo ebang ho ile hoa etsahala liphoso ha ho qaloa ebe litaba ha li ka ba tsa ts’oareha hantle ha ho etsoa negotiate. e ne eka ‘Muso o ka khutlela morao oa etsa review litaba tsena li se li entsoe implement ka linako tse ling ha ho etsoa plan ho fapana leha ho se ho etsoa implement, ‘me ha re se re bona hore during implementation phase ho na le lintho tseo ba sa li elang hloko tse tlatlapang sechaba sa Basotho, tse bakelang naha ena tlokotsi ho ntse ho lekane hore ba ka khutlela tafoleng ea lipuisano le bo-mphato oa bona, eaba lintho tse ling lia otlolloa ho s’o nts’o sebetsoa, because re na le proof ea hore lintho tse ling ha lia tsamaea hantle.

Ke kopa ho mo fa potso.

MADAM PRESIDENT: Potso, Setho se Khabane Dr. Lebese.

HON. SENATOR. DR. LEBESE: Kea leboha, Mohlomphehi. Ke re, Ntate, ha u ntse u bua hantle joale na ebe u ka reng ka mohlomong re se bile re sa re gender mainframe, empa re re gender-based challenges tseo re li bonang moo tikolohong ea morero, haholo ha re ipapisitse le SDG 6 e buang ka hore water and sanitation moo joale teng ho entsoeng exploit li-watershed,joale re bona bo-‘m’e ba se ba sokola metsi ka lebaka la khatello ea sechaba seo se phelang Mapholaneng joale le litaba tsa sanitation li sa nkeloa hloohong, hobane ho bonahala ba ntse ba potela ka maralla hoseng ho hong le hohong le ho ea likhohloaneng – lits’ila tseno li ntse li tipeleha ka mona! Na ka litaba tsena tsa water and sanitation o ipapisitse le SDG 6 na u ka r’eng, Ntate molula-setulo?

HON.SENATOR L. KHOAELE: Ke leboha hohle, Dr. Lebese.

Kea kholoa taba ena eo u e botsang ke ile ka re ke li habanye ka holimo hore ha ho na le morero o mokaalo oa sechaba, metse le metsana e mabapi e tlameha hore maphelo a teng a fetohe ka mokhoa o positive. Ha re bua ka mekhoa e positive re akarelitse ka hohle ka environment, women and any other factors that might be affected. Ha rea lebella e-be mehloli ea bona ea metsi –  hore litaba tsa sanitation ea bona ebe li ba affected ka mokhoa o detrimental maphelong a bona.

Tebello ke hore merero e joalo haeba e teng e fumana ho se na li-toilet, lipompo –  e lokela e fumane ho na le moo metsi kapa mekhoabo ka mehloli ea teng e bonahalang eka e ea tlatlapuoa, ebe ea li ntlafatsa; esere morero ha o fihla eaba oona o tlisang tlokotsi holim’a se teng se ntseng se na le bothata.

Ka hona ke re taba ena ea hau ke taba ea bohlokoa haholo. Ke mokhoa ona ke reng ‘Muso oa Lesotho ha o s’o hlokomela hore tse ling tsa lintho tseo ba sa li elang hloko ha ho ne ho etsoa plan, ho lumellanoa, joale ebe during the implementation faith ho its’ema lintho tsena tse ngata, ha hoa tlameha hore li kobeloe leihlo, Ntate, empa li lokeloa li sebetsoe.

Ke kopa ke mpe ke kobelle litaba tsa ka ka hore feela ‘na ha ke eletsa kapa ke tlatsa puo ena ea Setho se Khabane Morena oa Leribe ke hore ebe ekare litaba tsena tseo rea beng re li bua kahar’a Ntlo ka mona, re tiisitse maikutlo a rona hore re il’o buella sechaba e ka ka li ka oela litsebeng tse utloang. Ha re loants’e ‘Muso empa re o soaea mohlare. re o tents’a ts’eea, rea o tataisa ka maboko, hobane bohlale ha bo haele ntloana-‘ngoe.

 U tla fumana hore litaba tsena re li buile ho feta nako, u bone ho se na leha e le moneketsane oa ntlha e le ‘ngoe e bonahalang e kena kahare ho ts’ebetso e le karabo holim’a Litlhahiso tsena tseo re ee beng re li entse.

 Kea leboha, Madam President.

MADAM PRESIDENT: Hon. Senator Mokhotlong.

HON. SENATOR L.M. SEEISO: Kea leboha, ‘Me President.

Ke batla ho leboha Morena enoa oa haeso ka ho kenya taba ena ea bohlokoa e re ammeng haholo rona batho ba Mokhotlong.

Ehlile litaba tsena tseo Bahlomphehi ba li buileng mona ke linnete kaofela. Ke ne ke joetsa batho ba LHDA maobane mona ke re haeba morero ona o sebetsa hantle ke bona eka ha re ne re ka tloha bo-Mokhotlong mono ra sia metsi ana, e ne e ka ba hona ha ho nepahetse hobane lintho tsohle tse etsoang li lokisetsoa metsi. Re tlosoa makhulong, re tlosoa masimong le mehloling ho thoe ke metsi hohle!

Potso ea ka mehlaena ke hore na joale rona Sechaba le r’eng ka rona? Ke hobane ‘na ntho eo ke e bonang ke qala feela mona moo merero e sebetsang teng, ke ee ke ts’ohe ha ke bona Morero oa Katse joale ba re joetsa litaba tsa bona 20 years later tsa morero –  ts’episo eane ea hore moo o sebetsang teng ba tla siea sechaba   se le betere hofeta kamoo ba se fumaneng se le kateng, ha e etsahale, ‘me ke ts’oha hore le Mokhotlong ka ‘nete ba tl’o re etsa eona ntho e ts’oanang.

A VOICE FROM THE FLOOR: Ba se ntse ba e etsa…

(Laughter)

HON. SENATOR L.M. SEEISO: Re sa ntse re ba loants’a, Morena oa ka, ha re e-s’o inehele.

Ka ‘nete ‘na ke beha bothata haholo ho ‘Muso oa rona. Ka ‘nete ba Ma-afrika Borwa ba tlile ba tseba hore na bona ba batla eng, ‘me haeba rona ha re tsebe hore ba h’abo rona re ba fa eng, ke mathateng a rona.

Ke beha mathata ho ‘Muso oa rona le LHDA, hobane kutloisiso ea ka ke hore LHDA ke eona e neng e tlameha ho re shebela. Ke ba joetsa joalo kamehla hore, “re shebeleng, re joetseng hore na rona re ets’ang”. Batho bano ba haeso ha re tsebe Sekhooa sena se se ngata se likonterakeng tsena tse boima tsa LHDA, ‘me lona le tlameha hore le re shebele le re joetse hore na re ka tsoa ka lekhalo lefeg, ‘ea lona mesebetsi ke ena’.

Etsoe ke lumela ha ba bua ba re: ‘likonterakeng tsenabona ho na le mesebetsi e behetsoeng Basotho, empa feela re bone ho sa etsahale.

Ho ka thoe ha re na eng le eng, empa ha ba re tataise hore re be le tsona. Ba re thusitse ka ‘nete mesebetsing ena e menyane hore ba fe bana li-certificate hore ba ts’oarise matsoho. Kea kholoa har’a lintho tseo ba li entseng tse kholo ke ee bone ena eo ke reng, che, mono ba sebelitse, empa bo-ralikhoebo ba rona ba lla, beng ba masimo ba lla ka chelete e nyane eo ba e fuoang.

Ha u ka sheba ke mahlabisa lihlong feela ha u ka bona hore na ts’imo ea 30 000 square metres e fumana Chelete e kae, ‘me motho ha u utloisise hore ‘Muso oa Lesotho o ile oa lumela taba ena joang hore e be batho – e le ts’imo, e tl’o phelisa lelapa bophelo bohle, e be motho o fuoa chelete e bo M300 000 e tl’o fela ka selemo.

MADAM PRESIDENT: Order, Litho tse Khabane! Nako e se e felile.

Question that the debates time be extended put, and agreed to.

TIME EXTENSION

MADAM PRESIDENT: U ka tsoela-pele, Morena oa ka oa Mokhotlong.

HON. SENATOR L.M. SEEISO: Kea leboha, Madam President.

Chelete eno, Morena oa ka, ke eona ea bophelo ba hau kaofela. Ke Chelete ea selemo e ea feela, ‘me ka ‘nete ba bolela ehlile mohlomong ha rea tloahela chelete ha e kena libukaneng tsa rona e le sekhahla joalo; ka selemo monn’a Mosotho o e hlahile ka nq’ane le mosali’a Mosotho. Ha ke re ke bona tlala feela, hobane kamor’a monoha ho sa na letho le tl’o etsahala. Batho ha ba sa na masimo, ha ba sa na mosebetsi. Re tla be re shebile letamo leno ka lipelo tse bohloko.

Ke utloa hothoe ho bile ho tl’o bata haholo le ho feta kamoo ho neng ho ntse ho bata kateng ka lebaka la metsi ana!

Kea ts’oha ha Morena oa Leribe a bua ka hore le litlhapi ba hana (laughter) – che, eno ke itse ke hona re tl’o loana hore ka ‘nete re tlameha hore e be rona ba chehang litlhapi tseno. Company eno e ne e tlameha e be CSR, e leng Corporate Social Responsibility kapa pusetsoea eona sechabeng sa teng, ba sebetsa le rona.

Kea kholoa taba e kholo, ‘M’e President le Litho tsa haeso, ke ho thoholetsa taba ena ea bohlokoa eo re e buang, ‘me joalokaha ke cho, ke nahana hore ke hona moo re tlamehang ho kenya pressure haholo, ho bona bana ba ‘Muso le ba LHDA hore ba etse mesebetsi oa bona. Ho ne ho itsoe ke bona ba tl’o re thusa hore Basotho ba etse mosebetsi oa bona. Ho n’o itsoe ke bona ba tl’o re thusa hore Basotho ba une molemo on this Project, empataba eno ha e etsahala kapa ha e etsahale ka sekhahla seo motho u neng u lebelletse hore e ka etsahala ka sona.

Ke tlatsa Motion ona oa Morena oa h’eso.

Kea leboha.

MADAM PRESIDENT: Rea leboha, Litho tse Khabane.

Setho se Khabane, ke kopa u phuthe liqola tsa kobo ea hau, Ntate, re tsebe ho qetela Motion.

HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE: Kea leboha, Mohlomphehi Madam President.

 Kea kholoa Tlhahiso ena ea rona e bua ka maano ao sechaba se ka fumanang kuno ho hlaha ho Metsi a Lihlaba tsa Lesotho.

Mohlompehehi, Litho tse Khabane li buile haholo ka taba ena, ‘me ha ba bua ka taba ena ea Tlhahiso ea Ntlo ke hobane re na le ngongoreho ka Basotho bana bao re ba etelletseng pele re le Marena a Sehlooho, re le Marena ka kakaretso, re le Litho tsa Ntlo ena.  Kea kholoa tsamaiso ea bophelo ba rona re le Basotho… (ke kopa u  ke u  bue le Morena oa Ramabanta a ke  a thole ka mona hobane  joale o  nketsa  distract).

Joale ke re, Mohlomphehi, taba ena eo ke buang ka eona ke hobane Molao oa Borena Temaneng ea Bots’elela ke e ΄ngoe ea Litemana tseo e reng re bone hore boiketlo ba Sechaba rea bo sireletsa re le Marena a Lesotho mona. ΄Me haeba Molao oa Borena o rialo re tlameha ho tsepamisa maikutlo a rona boiketlong ba Sechaba, re sheba Molao oa Motheo, re sheba Melao ea Naha ena, re sheba le Melaoana e meng eo re ka e etsang, hore ea hokahana.

Mohlomphehi, ka nako e ΄ngoe motho ha u ntse u khobotla, ho ee ho hlokahale u ΄ne u thale hanyane. Hoa makatsa re le Matlo ana a Paramente e be hangata –  ke ile ka utloa, Mohlomphehi, ha u  nthiba ha ke bua ka e ΄ngoe ea boiketlo ba rona.  Ke mpa ke ngongoreha hobane re tloha literekeng le libakeng tse fapakaneng, ‘me ka nako e ΄ngoe ho palama likoloi tsa baeti ha re lekaneng ka litefiso likoloing tseo tsa baeti. 

Ke ne ke mpa ke re, Mohlomphehi, taba ena ke e bua tjee hobane re le Maparamente ha re tlameha ho etsa Melao e  amang Naha ena, e il’o sebetsa ho  Sechaba sena, ha ho bonahale ho na le litaba tseo re li etsang, empa re sheba boiketlo ba rona. Ntlo ea Bakhethoa ke eane e re e lahlela Tlhopho- Bocha… litaba tsane tsa Sechaba tsa Tlhopho Bocha ba re ke hleke-hleke!  E leng  hore Sechaba ha se bua se ntse se bua hleke-hleke  moo? Ha ba tlameha ba se etsetse  Molao,  taba ea bona ke hore na ba rute Sechaba eng eo ba reng tlohong le tl΄o tla le  kenya menoana ea lona joale re tsebe ho tla bona hore na re kenya letsoho ka mona ka sisiung joang?

Sechaba sa Molimo metseng mane se lapile ho sena taba ea bohlokoa eo se e fumanang molemong oa boiketlo ba sona.

Mohlomphehi, taba ena eo re buileng ka eona ha u ka sheba Temana ea teng ea Pele ea ho beha Maano a bohlokoa:-

  • e re ho kenya ts’ebetsong boiketlo ba Sechaba e le boikarabello ba Maano a joalo.

 Ha ho bonahale re tla bua ka matla! Maoba mona Setho se Khabane se buile sa re Letona le Khabane la Metsi le ne le lutse mona, la Bophelo le lutse mono. Hana e mong e ne e le mang? Empa hee ha se moo lebaka le leng teng, feela ba ne ba le bararo. Ke utloile ho thoe lentsoe connive ka ba ka re che! Ha ke re ba ne ba etsa connive) e ka ‘na eaba ba ne ba etsa connive  che,  ha Litho tse Khabane li ne li bua joalo.

Joale ke re, Mohlomphehi, e ke ke ea re ho na le li Company ka har’a Naha ka mona, ho na le Maano ka har’a Naha, ebe kannete Bahlomphehi ha ba fihla maemong ebe ba lebala litaba tseo ba neng ba li ts’episitse Sechaba.    Ke kopa ena mohlomong ba mpehe off record, feela litaba tsena tseo e reng Bahlomphehi ha re qeta ho ba khetha kapa ba qeta ho khethoa ba ts’episitse Sechaba maano a itseng ha ba tlameha ho etsa Molao ka mane e be joale ha ba etse Molao ba tseka maemo! Ho Mosotho e mong (ke itse ba mpehe off record) maemo a taha! Ba tahoa ke maemo. Re keke ra ba Matona kaofela kapa ra ba li-President tsa Ntlo ena kaofela kapa ra ba Batsamaisi ba Ntlo eane ea Bakhethoa kaofela kapa ona Matona kaofela!

Mohlomphehi, hoja ea re haeba re Litho tsa Ntlo ena –  even taba ena ke kopa Tafole e tle e e shebe, enaea Private Members Bill, ebe ho ntse hothoe re bo-mesa mohloane feela? Batho baa ha ba fihla ka moo baa ba akhang eloa a nkhakang ka lebitso e be ba ntse ba re ke hleke –hleke mona ba re, aa, eno re tla e hlakola!

Ba re lulisitse bosiu mona kaofela! No, it is unfair!

Motho eane oa hao oa Katse –  kapa ke Rakuoane –  ha ke tsebe. Mohlomphehi, ha e ba re bua ‘nete mona we do not have to be shy to say anything molemong oa Sechaba.

Ntate, ekare ha Sechaba se bua only one or two people ba tl΄o tla ba re ntho ke hleke-hleke! For what good reason?

 Mohlomphehi, taba ena eo ke buang ka eona ke hobane e ea koatisa, hobane the very same people ke bona bao e reng ha ba hauhetsoe, Molimo a ba hauhetse hore e be ba teng Paramenteng –  hona joale ha ba lokela ho sebelletsa Sechaba e be bona ba its’ebelletsa. Ah! Bona batho bao ba tseba ho sebelletsa benefits tsa bona? Ba il΄o ja hamonate ha ba lutse hae koa? Ha hoa  tlameha ho be joalo, Mohlomphehi!

Mohlomphehi, taba ena ea Corporate social responsibilityha e na le litlha tseno tse ‘ne tseo ke tla bua ka tsona. Re tla sheba ea tikoloho. Re tlameha hore policies tsena tsa tikoloho…, boiketlo bono ba Sechaba seo u se busang, Morena oa ka Morena oa Mokhotlong –  sewage li ke ke tsa ‘na tsa oela ka har΄a matamo ka mane eare the very same people ba hiriloeng ka mono e le bana ba Basotho e ka ba engineers, e ka ba companies tse sebetsanang le litaba tseno tsa metsi, tsa  bophelo, e be joale rona Maparamente ha re etse Melao kapa Melaoana e tla etsa hore ba nolofalloe ke ho etsa mosebetsi.

Metsi ana a mono Sechaba sa Mokhotlong –  kapa le eona tikoloho ho ea theosa  haeso  Matsoku koana –  hobane ha a qala a oela ka Khubelu feela ke ana a tsamaea a il΄o kena  Tsoku koana ho theosa  MalibaMat΄so, ho theoha joalo. Sechaba sena se tl΄o kula sa Basotho joale re shebile….

HONOURABLE SENATOR P.L. PEETE: (Point of Order!) ke ne ke re na, Ntate Morena oa ka oa Leribe, e leng hore, Ntate, seo u se bolelang, Ntate, haeba ke utloisisa hantle ke hore u re bana ba Basotho ba nang le litsebo ba Mokhotlong le Mapholaneng ho fuoe bona pele priority? Haeba bana ba Basotho ba Mokhotlong le Mapholaneng ho bonahala ba sena litsebo tseo tse hlokoang ho shejoe ka har΄a Naha ka moo cutting across?  Le hore haeba ka har΄a naha ka moo ho sena motho ea nang le litsebo tse joalo e be e le hona re ka tsoelang ka ntle ho Naha ee ea Lesotho ho il΄o etsoa outsource litsebo tseo tse joalo kantle ho Naha?

That is, before re etsa bo ‘nete re le Naha hore litsebo tse joalo li teng ka hare ho Naha ka mooubolela hore re se ke be ra tsoa ka ntle ho Mokhotlong le Mapholaneng, kapa re se ke be ra tsoa ka hare ho Naha ea Lesotho pele re etsa boithuto re ikhotsofatsa hore litsebo tseno ha li eo?  Na u cho joalo, Morena?

HONOURABLE SENATOR J.A. MOTS’OENE: Kea  leboha, Morena oa ka Morena oa Mats’ekha. Ke kopa Potso ena ea hau ke tle ke e arabe ka bobebe feela: we tend to make Motions in this House, re etsa Lipotso ka har΄a Ntlo ena, re etsa litlhahiso. Haeba, Madam President, re ka se tle ka Standing Order se tla tlama makala a amehang maoto le matsoho hore ebe mosebetsi ona o etsoang ke Ntlo they concur holim’a ona. Ha ke bone lebaka la hore ebe re ntse re bua ka mona ebe ba re rea itla-tlarietsa holimo mane, bo Honourable MPs (Members of Parliament).

Mohlomphehi Morena oa ka oa Mats’ekha, haeba re na le li-resource tse kang lejoe, metsi le litaemane, hoban’eng re sa tle ka meralo kapa ona maano? Bana ba Basotho hona le bao rona ba bang re keneng likolo le bona, bao re tsebang hore eitse ka morao hore ba imatlafatse hona sekolong se tlase mona sa Lerotholi Polytechnic ba ile ba tsamaea ba ea bo-Kapa le bokae, ba il’o etsa litaba tsa bo Water Engineering, feela ha ho bonahale mebuso kapa babusi ba rona ba naha ena ba tla ka maano a tla etsa hore bophelo ba bana bano ba Basotho ha ba tsoa likolong bo be bobebe.

Ha u chulo joalo, ke cho joalo ke re: Ha ho ke ho shejoe hore na bana ba Basotho ba nang le litsebo na re li sebelisa joang, re ba etsa utilise joang kahar’a mesebetsi e etsoang kahare ho naha ena.

 Ba bangata haholo, Morena oa ka, bana ba Basotho ba ntseng ba haha leha ke ntse ke bua le uena tjena meaho le marokho linaheng tsa bo-China ba li-engineer, ba lula linaheng tse joalo! Ke Hoban’eng rona re sa ba sebelise moo ka litsebo tseo tse joalo?

Mohlomphehi Madam President, leha ke sa tl’o tla ke bua haholo ka tse ling tsa lintlha tseo ho bueng ka tsona ka the ethical responsibility (boikarabello bo nang le chebelo-pele) (ak’u nkekeletse nako moo, Mohlomphehi?

Boikarabello bo nang le chebelo-pele, bo tlameha hore ebe bo tlang ka ‘nete bo hloka leeme ka tsela ea hore, Mohlomphehi, ke bua ka (a) ea pele holim’a Tlhahiso ena. Re tlameha re be le boikarabello bo nang le chebelo-pele e senang leeme, ‘me ha re etsa tjena le Basotho le ba rute likhoebo, Morena oa ka oa Tajane.

 Tajane mane ka likanta tsohle ho fapakana hoa sebaka seno se tlas’a puso ea hau ebe ho etsoa temo eo e reng le haeba e hloka ho ts’elloa ebe re etsa mekhoa e tla etsa hore ha re nts’itse tlhahiso e joalo –metsi ke utloile a se a ntse a ea ka South ebe eba bona ba etsang cater li-project tse joalo. Ka ‘nete na ho tla etsoa cater motho ea tlohang Maseru moo hobane a tloaelane le a sebetsang Human Resource mola Metsing a Lihlaba joale a amohela percentage e itseng! Ha se ntho e tlamehang e etsahale Marena a ka eno.

Mohlomphehi, ke ee Tlhahisong ea ka ea boraro. Hona le taba eo re tla bua ka eona e le boikarabello ba eona eno. Ha re bua ka litaba tsa… Morena oa ka oa Mats’ekha, re palama lipere… (che, re re ke mojao oane oa Peka, kaha race course haeso Hlotse mane ba e sentse ba fane ka lits’a batho bano ba mokha ono ha ba le matleng. Ka mane ba lemme masenke a benyang mane moo ho neng ho ka ahoa matlo a matle, ha ho na motho ea reng letho ho bona leha re re re bua ka tsona litaba tsena) Ke mpa ke re hobe le li-charity, Morena oa ka.

Morena oa ka oa Mokhotlong ka mane ka moo ts’ebetso ea Metsi a Lihlaba ho bonahalang e le teng ka matla a maholo oa tseba ho ea bo haeso Mahateng ha o tloha Lekhalong la Lithunya koloi e tla fella kae-kae holim’a lihlaba tseno ha hona moo e kabang ea ea teng, Morena oa ka oa Malingoaneng. Le Batlokoa ban  ua tseba leha ke na  le ho ba lelekisa ha u re ba iphe metebo ka mane, ke ba lelelekisa ka lipere le lona. Joale ke ne ke re Mohlomphehi ho tlameha ho be le li-charity tseo re tla re ka li-charity tsee hona le kuno e tla tla hobane once ho ba le charity –  Morena oa ka oa Mats’ekha o bone le Peka mono kapa hona Bela Bela mane ha ho kopane banna ba Bela Bela.

Ha ho qala ho ba le charity moo sechaba se bokaneng ka bongata, monna kapa mosali oa Mosotho o sa beha ho hong mono, o sa reki-rekisa. O beha bohobe tafoleng mantsiboea ha a fihla hae.

Ka litaba tsena re re Metsi a Lihlaba a ke a bone hore a kenya letsoho ka botoma. 

Mohlomphehi, ntlha ea bohlano ke the financial responsibility. Ke itse re bua ka the corporate social responsibilities.

Ka Financial responsibility ha re re ba nts’e lichelete tsena, re re li ke li sebetse. Ke nnete ntse li sebetsa tabeng ea bophelo, feela taba ke hore na ke li-company tsa bo mang tse ahang bo litsi tseo tsa bophelo? Na ke tsa batho baa? Ho shejoa ba teng moo sebakeng seo ts’ebetso e etsoang ho sona? Na ke bona ba shejoang pele kapa joale ka ha ha ho buuoa ka Lesotho re bua ka Maseru moo, Mohlomphehi? Kapa Mang mang ea nang le konteraka o etsa register konteraka ebe ke eena eo e reng ha a fihla mane ka ho tsejoa a le moropotsana ebe o fuoa tender hore a etse ts’ebetso e joalo? Ha e ea tlameha ebe joalo.

Mohlomphehi, ke re ba bangata Bahlanka ba Sechaba le Bahlanka ba ‘Muso ba sebetsang ka hara Metsi a Lihlaba. Ba bangata li-engineer tse ntseng li hiruoe ke LHDA ba nang le li-company tse etsang supply bo thepa, le ena ea ho etsa cleaning feela!

Ke ho re ke se ke re thepeng ea ho hloekisa, ha ke etsa mohlala, Mohlomphehi, even the cleaning detergents feela –  lintho tse tseo re li rekang tse ling u tsebe   ngoan’a Mosotho a ka itatela tsona Africa Boroa mane kapa hona ka har’a naha ka mona.

Ke ee ke bone Hlotse haeso mane ho na le motho ea rekisang lithepa tse hloekisang, Morena oa ka oa Mats’ekha.

Joale empa taba ke hore na haeba a sa fumane mosebetsi kapa thekiso ea hae e se e bonahalang ehlile eka etsa hore a its’ematlele bophelong, o tla patala rent k’ang, a patale batho ba babeli bao a ba hirileng moo bao a fokolelitseng Puso tlhokahalo ea mesebetsi ka eng?

Mohlomphehi, litabeng tsena tseo ke buileng ka tsona Morena oa ka Morena oa Thaba o buile ka taba ea equity. Ka’nete haeba re sa eme ka matla ho bona hore Sechaba sena se una molemo! 

Mohlomphehi, ekaba ke etsa phoso e kholo ha nka ka siea ntlha ena ea fishery, ena ea litlhapi.

Mohlomphehi, ke ne ke re ke se ke ntse ke qetela mona ka taba ena ea fishery. Ka’nete maoba mona re tsoa phethola lekote re bua ka taba ea metsi ana a mabalane, a tl’o tla a tloha Hololo ho tla Leribe mane, ho fella Ha Malesaoana; feela a tla be a kopana le a hlahang ka mane ka lehlakoreng la Morena oa ka Morena oa Mahobong Leribe mono, Mohlomphehi, a ea Maputsoe!

Mohlomphehi, tabeng ea fishery ekare re ka be re ithuta esale hona joale, re ithute hore na hore re tle re rue litlhapi, re tle re etse matangoana le hore na environment ka boeona na ebe e lumella boemo bo joalo joang – e tlameha ebe a National Policy taba eno, Mohlomphehi.

Hona joale u tsebe Bahahlauli ha ba ea ka Ts’ehlanyane ka mane ba robala bo Fouriesburg, hobane joale ka nako e ‘ngoe sebaka seno se senyenyane haholo, ‘me litaba tse kang tseno re tlameha hore re bone hore na re li sebetsa joang.

Ke ee ke shebe taba ena ea Menkhoaneng ena. Leeto lena la Menkhoaneng ho ea Thaba Bosiu ke nnete batho ba robala likolong mono. Hao! Marena a ka, le se le re re ke se ahe mekhoro moo ka sechaba sa habo rona kapa ra bona hore re sebeletsa batho baa ha ba feta Malimong mane, Morena oa ka Morena oa Berea, ebe ho na le moo ba rabalang! Ho pheuoe metoho, ho pheuoe mono.

‘M’e Mohlomphehi, ke ne ke re u tsebe kuno ha e tla ho motho a le mong, ha se ntho e nepahetseng. Morena oa ka Morena oa Likueneng o buile ka thata ka litaba tsa ntlafalo ea bophelo ba batho. ‘Me o buile ka taba ea HIV, bockhachane bo sa reroang, ho ntša mpa ho isang mafung a batho.

 Mohlomphehi, litaba tsena tseo a buang ka tsona ke li SDGs tseo esale re suoa-suoana le tsona ho tloha li sa bitsoa Millenium Challenges. Joale ke re lintho tsena kaofela re tlameha hore re sebetse ka natla re le Matlo ana a mabeli a Paramente, re se ke ra sheba hore na_‘na ke ee ke utloe ba bang ba ntse ba bua litaba tse thata, ekare rona re kene ka mona hobane re re re tsoalehile hantle. Ke ne ke utloe e mong  a re oa ipotsa hore na… (Interrupted)

MADAMPRESIDENT: Ke kopa u lihelle likhala.

HON. SENATOR J. A. MOTŠOENE: Kea leboha, Mohlomphehi.

 Ke re, Mohlomphehi, litabeng tseno kaofela re tlameha re sebetse ka natla, mosebetsi oa rona boholo _ ke ‘nete re bo ‘mesa-mohloane ba ‘Muso, feela re tlameha re sebetse ka thata hore melao e teng ebe melao e batalatsang mabala molemong oa bana ba Basotho.

 Ua tseba, Mohlomphehi, ho na le ntho e bohloko e qetang ho etsahala (ha ke lihella-likhala) haeso Leribe mane! Ho ne ho etsoa tsela e tlohang toropong Hlotse mona Ha ‘Malesaoana ho ea Butha-Buthe.

Ngoana oa Mosotho o hapa tender, o batla literaka, o hira batho, ha a tlameha ho patala, ka lebaka la melao ena ea rona e soto e sa sebelletseng sechaba hore re se batallaletse mabala, o sitoa ho patala le ba bang ba basebetsi, hobane joale a tlameha ho ea patala diesel at the garage mane. O ne a se a bile a tlaletsoe ke naha a sa tsebe hore na a ka etsa joang. Kea u bolella, Mohlomphehi, le banka hona joale e jele motho eno lithepa tseno. O ntse a kolota batho bane, o tlameha hore a phethisoe.

Li-Company tsa Machaena – _Lipholo o ne a ntse a tseka Borena South Africa koana. Li-Company tsa bana ba Basotho (ntšoarele, Mohlomphehi leleme le ile la thella ka lebaka la ba fatše li oela hobane Machaena a ntse a etsa mosebetsi ha a filoe tender ba fana ka rates tsa bona tseo rona re se nang notch ea hore na rate e tla tlameha e eme kae.  Ha re ka ra lokisa litaba tseno bahoebi ba Lesotho mona ba ka una molemo.

E ntse e tšoana le tsona libese tsena, Mohlomphehi. Ha u ka bona libese li feta Labone le leng le leng haeso mono, ‘me tsela eno e ile ea senyeha e qeta ho etsoa mono. Literaka tse isang thepa, libese tse isang batho Labone le leng le leng le Labobeli le leng le le leng, tse ba khutlisang le tse ba latang, ke hore tsela eo li tsamaeang ka rate e ngata kateng, tsela eno e ntse e senyeha! Ebe re ntse re tl’o thesemetsa chelete ea Sechaba hape hona litseleng tse joalo?

Mohlomphehi ha ke behile hakana ke re, Mohlomphehi, ‘Muso oa rona o ke o shebe le hona ho beha tšebetsong maano a tla etsa benefit kapa hona hore bana ba Basotho ba itšematlele morerong oa Metsi a Lihlaba.

  Ha ke behile hakana, Mohlomphehi, ke kopa u tle u bitse Lekala le amehang kapa makala a amehang re lokise litaba tsena tsa melao le tsa bophelo ba boiketlo ba bana ba Basotho.

Kea leboha, Mohlomphehi, ha ke behile hakaalo.

[Tapping of Tables]

Question Put and Agreed to.

Resolved:  that The Honourable Senate urges the Government of Lesotho to expeditiously level the playing ground field at the Lesotho Highlands Water Project sites in order for Basotho to accrue more benefits from the on-going construction work.

MADAM PRESIDENT: … Le manoni a fehloang ke mesebetsi e fapaneng kahar’a morero, ho batalatsa mabala ho ka etsoa ka mekhahlelo e latelang:

  • Ho kenya leano la puseletso sechabeng e le hore likompone tse fumaneng mosebetsi kahar’a morero li tsetele kahar’a sechaba e le ho ntlafatsa lits’ebeletso tsa mantlha tsa sechaba le ho batalatsa mabala hore Basotho ba pataloe litsiane tse ka ntlafatsang maphelo a bona.
  • Ho kenya maano ana ts’ebetsong ho ka ba le ts’usumetso ea nako e telele e tlang ho fetola bophelo ba sechaba se phelang moo Morero oa Metsi a Lihlaba tsa Lesotho o leng hona teng.

Question put and agreed to.

MADAM PRESIDENT: Rea leboha, Setho se Khabane ka Tlhahiso ena e matla eo ke lumelang hore re tla sebetsa le Tafole hore e tle mpe e bone hore litaba tsa likeletso tse fanoeng li fetela Lekaleng.

Ntlo e tla phomola hofihlela hosesane ka 10:30 a.m…

HONOURABLE SENATOR M. MOHALE: Ntlha ea Tsamaiso.

MADAM PRESIDENT: Tsoela-pele Honourable Senator M. Mohale. 

HONOURABLE SENATOR M. MOHALE: ‘M’e, ke ne ke mpa ke re litabeng tsena tsa Metsi a Lihlaba re ile ra ba le monyetla ka Office ea hau hore re etele Metsi a Lihlaba, ‘me kea kholoa hore ke eona taba e ileng ea re bula mahlo ka litaba tsa Polihali.

Khopolong ea ka ke hore ho ile hoa ba le ntho e kang boitlamo ba hore khafetsa ka Ntlo ea Senate re tla ‘ne re chakele Morero e le ho thusa ho sebetsana le mathata ana a teng. Ke ne ke mpa ke re ebe, ‘M’e, u ka re beha leseling hore na boitlamo boo ebe bo hakae le hore bo tla tsoela-pele joang molemong oa ho thusa le ho matlafatsa Motion ona le litaba tsa sechaba, ‘M’e?

Kea leboha.

MADAM PRESIDENT: Setho se Khabane, ke tsebisoa hore re ne re ile ra lumellanang hore re tla etsa ntho e kang Memorandum of Understanding hore re tle re ‘ne re tsebeng hore re kopaneng ‘moho re tsebe hore mathata a ka hlahang re a sebetse ‘moho. Ho joalo ekare taba e joalo leha e-s’o tekeneloe, empa re hlile re ne re ntse re thetsane ka mahetla le bona; empa e le hore feela ha re e-s’o ka ba re qeta litaba tseo tsa teng hore re etse programme eo re ka reng e e clear.

Rea leboha.

HONOURABLE SENATOR J.A. MOTS’OENE: Kea leboha, Mohlomphehi.

 Ntlha ea ka ea Tsamaiso kannete ke ho re ke ngongorehile haholo, Mohlomphehi, ke taba ea hore re ile ra ea thapelong mane Thaba-Phats’oa ka Sontaha le Mohlomphehi Tona-Kholo le ba bang Matona le Maparamente –  empa ke re Bishop Ramela o re khale a tlisitse mangolo kahar’a Ntlo ena ea Senate!

Ebe Setulo se ka re beha leseling hore mangolo a amohetsoe ofising efeng le hore ebe Litho ha lia a fumana le hore na ebe Litho ha lia a fumana ka mabaka afeng? Ke hobane o ne a le bohloko ho latela tsela eo a na lakalitse hore Maparamente a tla be ‘moho e le babusi ba naha ena joale a ke  a il’o ba beha matsoho mane le bo-Moruti Maine le ba bang Babishopo bohle ba Lesotho mona. O ne a lakalitse hore ba tle nq’a e le ‘ngoe ba be moea o le mong, hobane ehlile o n’a bonts’a hore ke nako ea pholo.

Na, Mohlomphehi, u ka re beha leseling na?

MADAM PRESIDENT: Che, ke bona Ntate Clerk a mpha karabo ea hore kannete ha ho na office ea rona e seng e a amohetse. E leng hore memo e joalo ha e ea fihla hohang.

HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE:  Ke kopa ka uena, Mohlomphehi, ke etse ts’alo-morao. Ke tla etsa ts’alo-morao ka eena Bishop Ramela, kaha ka lehlohonolo ke motho eo ke lutseng ke na le eena le bosebeletsi ba hae.  Ke tla etsa ts’alo-morao ke re na hoban’eng Melao ea Molimo e Leshome –  oa Bots’elela o re, ‘U se ke ua bua leshano’, ‘me ke tla re na hoban’eng a ile a ntjoetsa leshano haeba o fela a entse joalo? 

Kea leboha, Mohlomphehi.

HON. SENATOR M.T. MOHALE:  Mohlomphehi, sepheo sa mosebetsi oo ke hore re e’o rapela kapa re e’o hlohonolofatsoa na?  Ke hore rona ba bang re tseba re hlohonolofatsoa nq’a e le ‘ngoe, joale kutloisiso e ne e le hore re tsebe hore na ha re ea Thapelong, na re se re il’o fihla re khumama tlas’a Babishopo ba bang ntle le ba rona na?

HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE:  Ke kopa ke mo arabele, hle, Mohlomphehi, ka…

MADAM PRESIDENT:  Kannete, Morena oa ka, joale ena ea hore re arabaneng, re ets’eng, che, kea kholoa e se e le hore Morena o tla e botsa Setho se Khabane ka thoko, empa nako ea rona eona e se e felile.  Karabo e hlakileng ke hore Memo e joalo ha e ea fihla Ofising ea rona, hore re ka be re e fetisitse, mohlomong le ka WhatsApp feela hore le na le limemo tse tjena. 

HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE:  Eona e fihlile!

MADAM PRESIDENT:  Joale u n’o botsetsa’ng ha u tseba hore e fihlile, Morena?

ADJOURNMENT

Thereupon, Madam President adjourned the House without question put, pursuant to Standing Orders No. 16 (3).

The House accordingly adjourned at 13:38 p.m.