OFFICIAL REPORT OF THE SENATE
DAILY HANSARD
6th Meeting – First Session
Eleventh Parliament
Date: Thursday 28th MAY, 2025.
LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG
1.Hon. Seeiso B. Seeiso | Principal Chief of Matsieng |
2. Hon. Joel A. Motšoene | Principal Chief of Leribe |
3.Hon. Sempe Gabasheane Masupha | Principal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan |
4.Hon. Mamolapo M. Q Majara | Principal Chief of Ha Majara |
5.Hon. Tumane Matela | Principal Chief of Makhoakhoeng |
6.Hon. Moeketsi Moletsane II | Principal Chief of Taung |
7.Hon. Lerotholi Mathealira Seeiso | Principal Chief of Mokhotlong |
8. Hon. Lerotholi L. Seeiso | Principal Chief of Likhoele |
9. Hon. Theko D. Bereng | Principal Chief of Phamong |
10.Hon. Mojela T. Makhaola | Principal Chief of Qacha’s Nek |
11.Hon. Seeiso S. H. Nkuebe | Principal Chief of Quthing |
12.Hon. Nthupi A. Bereng | Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote |
13.Hon. K.L.K Khoabane | Principal Chief of Thaba-Bosiu |
14.Hon. Mitchel S. Maama | Principal Chief of Ha Maama |
15.Hon Moholobela M. Moholobela | Principal Chief of Matelile |
16.Hon. Bereng G. Seeiso Api | Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake |
17. Peete Lesaoana Peete | Principal Chief of Koeneng le Mapoteng |
18.Hon. ’Mako T.Mohale | Principal Chief of Tajane, Ha Moetsana le Ha Mohale |
19. Hon. Khoabane T. Mojela | Principal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso |
20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli | Principal Chief of Botha-Bothe |
21.Hon. Pontšo S. Mathealira | Principal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere |
22.Hon. Qeto Sekonyela | Principal Chief of Malingoaneng |
23.Hon.’Mawinnie Kanetsi | Senator |
24. Hon. Lebona Khoaele | Senator |
25. Hon. Thabiso Lebese | Senator |
26. Hon. ‘Maphakiso Lebona | Senator |
27. Hon. ’Mabataung Patricia Mokhathali | Senator |
28. Hon.Sehlooho HenryMonatsi | Senator |
29. Hon. ‘Makholu Moshoeshoe | Senator |
30. Hon. Neo Matjato Moteane | Senator |
31. Hon. Seabata Motsamai | Senator |
32. Hon.Richard Ramoeletsi | Senator |
33. Hon. Limpho Tau | Senator |
PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO
SENATE CHAMBER
Wednesday 28th May 2025
The House assembled at 10:30 a.m.
(MR.VICE-PRESIDENT in the chair)
PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer
ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR
MR.VICE -PRESIDENT: Kea le lumelisa, Litho tse Khabane, letsatsing la kajeno. Letsatsing la Laboraro le tla hopola, Litho tse Khabane, hore ha e le Laboraro tjena ke letsatsi le abetsoeng Litho tse Khabane ho isa lipotso ho Matona a Khabane e be Matona a joalo a tl’o tla a li araba. Tlhopiso e ntse e le joalo le kajeno le ho-ja ke bona eka maemo a litaba a tl’o re qobella hore re tle re shebisaneng hore na e be re tla sebetsa joang tabeng eo.
Re ne re ile ra etsa tsebiso petjana, Litho tse Khabane, hore Letona le Khabane la Machabeng le eena o tla tla a ba teng ka koano, a tl’o etsa Polelo etsoe ho s’o le makhetlo Litho tse Khabane li botsa ka hore na o tla tla a ba teng ka koano neng ho tla etsa polelo. Kajeno ke enoa o teng hore a tl’o tla a re etsetsa polelo eo. Litho tse Khabane li tla ba le monyetla oa hore li tle li botse lipotso holim’a polelo eo ea hae.
Ke shebile lipotso tsena tse tl’o tla li botsoa, Litho tse Khabane, ke lipotso tse ts’eletseng kaofela, ‘me ke shebile nako, hore na re tla ba le nako e lekaneng hore lipotso tse joalo li tle li botsoe le ho arajoa kaofela. Kea kholoa ke ntho ena ke reng ke tl’o tla ke hloka tataiso ea lona e le hore re tle re lumellaneng hore na re tl’o sebetsa joang.
Ke cho joalo hobane re le Ntlo re ne re ile ra kopa nako ea ho ea kopana le Mohlomphehi Tona-Kholo, joale Mohlomphehi Tona-Kholo o hlohonolofalitse taba eno ea hore Litho tse Khabane li tle li il’o kopana le eena. Nako e beuoeng ke ea hora ea leshome le metso e ‘meli kajeno ka mane ka State House.
Ha u sheba nako ena e setseng lipakeng tsa hona tjena le hora ea leshome le metso e ‘meli – hobane ha rea lokela ho tloha ka hora ea leshome le metso e ‘meli hantle, re ts’oanetse hore haeba re liehile ho tloha re mpe re tlohe mona ha hora ea leshome le metso e meli e setse bonyane ka metsotso e leshome le metso e mehlano, bonyane ka 11:45 re ts’oanela ra be re tloha mona re ea ka State House.
Taba ena e re bolella hore re na le nako e ka etsang hora feela lipakeng tsa hona joale le nako ea hore re ka ea ka State House. Ke hona mona, Litho tse Khabane, moo ke neng ke re ke kopa hore re tle mpe re fumane tataiso ea lona, re tle re fumaneng hore na re tla sebetsa joang, kaha ho latela tsamaiso re ne re lokela re be le lipotso tsena tse ts’eletseng pele, ho latela Standing Order e be ka morao ho tsona ebe re tla ba le Statement, empa joalokaha ke se ke hlalositse hora ke nako e nyenyane haholo hore re ka ba le litaba tsena kaofela ka hare ho nako ea hora.
Ekaba ka tumello ea lona feela kaha lipotso lingata, leha empa li-statement tsona li tla ba peli feela. Re ne re hloka ho utloa feela na ebe ekaba takatso ea lona, Litho tse Khabane, hore re mpe re qale ka li statement? Li-statement ke Statement sa Letona le Khabane la Machabeng le Letona le Khabane la Litaba tsa lehae! Na ekaba takatso ea lona hore na re qale ka statements tsena tse peli e re haeba nako e ka re khaoletsa e mpe e re khaoletse re fetisitse li statement re mpe re sale ka lipotso e be li se li tla fetela bekeng e tlang?
Haeba ho le joalo ke isa potso ho lona, Litho tse Khabane, hore na ekaba takatso ea, Litho tse Khabane, hore re qale ka statement tsa Matona a Khabane a mabeli,e be re tla qetella ka lipotso na?
QUESTION PUT AND AGREED TO
(Standing Order 17 (2) was applied in order to vary the order of business of the day of the Senate)
STATEMENTS BY MINISTERS
HONORABLE MINISTER M.LEJONE(Minister of foreign affairs and international religions): ke mpe ke bolelle, hle, Ntate VicePresident, Ntlo ena e Khabane hore litaba tsena tsa Polelo ena eo ke e etsang kajeno re ne re hlophile le Lekala la haeso hore etlaba re ile ra li feta pejana, empa kannete ka mabaka ao re ileng ra sitoa ho a qoba re ile ra sitoa.
Re boetse ehlile re na le litaba tse ling tse ngata haholo tseo re nang le thahasello ea hore re tl’o li tlaleha ka Ntlong ena e Khabane, empa letsatsi lena la kajeno u tl’u ntumelle, Mohlomphehi Molula-Setulo, hore ke tle ke mpe ke fetise polelo malebana le ‘moka oa bobeli oa likamano lipakeng tsa naha ea Lesotho le naha ea Africa-Boroa.
The second session of the bilateral meeting between Lesotho and South-Africa pele ke kena ka hare ho polelo ena, Mohlomphehi, ka litaba tsa BNC ke kopa ho le lelekella ka ho bonts’a hore likamano tsa Lesotho le Africa-Boroa li ile tsa matlafala ho tloha ka ‘Mesa selemong sa likete tse peli le motso o le mong ha linaha tsena tse peli li tekenela tumellano ea ho neng ho bitsoa joint bilateral commission of cooperation JBCC). Litho tse Khabane li tla hopola hore JBCC e ne fella feela mokhahlelong oa matona a tsa machabeng, e leng hore ‘moka o ka holimo-limo e ne eba ‘moka oa tsa machabeng ho sheba litaba tseo tsa likamano,ha BNC eona e fella mokhahlelong oa lihlooho tsa linaha le mebuso.
Ke ho bolela hore hona ke mokhahlelo o ka holimo-limo oa likamano lipakeng tsa linaha life kapa life. BNC e tekenetsoe ka la mashome a mabeli a motso o mong Pulungoana selemong sa likete tse peli mashome a mabeli le motso o le mong (2021). Mokhahlelo ona oa Bobeli oa BNC o latela oa pele o ileng oa ts’oaroa mane Pretoria naheng ea Africa –Boroa ka khoeli ea Loetse selemong sa likete tse peli mashome a mabeli a metso e meraro (2023)
Re ile ra sitoa ka mabaka ho ts’oara ‘Moka oa Bobeli Selemong sa 2024 ka lebaka la Likhetho tse neng li le Naheng eo ea Africa Boroa, esita le mabaka a mang a mangata haholo a lefats’e, a kenyeletsang bolula-setulo ba Africa Boroa ba G20.
Ke hle ke supe ke sa le sethatong, Mohlomphehi Vice–President, hore taba ea ts’ebetso ea BNC e tla saloa morao ke Komiti e theiloeng ke Matona a tsa Machabeng le Matona a etelletseng pele Likomitjana le liofisiri tse kholo tsa Makala a amehang. Sepheho ke hore kotara e ‘ngoe le ‘ngoe(quarterly), re fane ka tlaleho ea tse seng li fihletsoe ke linaha tsena tse peli kamorao ho mmoka oo oa BNC[BI-NATIONAL COMMISSION]. Eleng ho re hoo e tla be ele ho bona hore litaba tsa liqeto li fela li phethahatsoa.
Ha ke se ke lokolisitse nalane ea mokhoa oa ts’ebetso lipakeng tsa Linaha tsena tse peli, ntumelle, Molula-setulo, ke kene ka hare ho Tlaleho ea Mokhahlelo oa Bobeli oa BNC o neng o ts’oeroe maoba mona. Litho tse Khabane li tla hopola hore Mohlomphehi Tona-Kholo Samuel Ntsokoane Matekane, eleng Tona-Kholo ea ‘muso oa Motlotlehi, o ile a mema ‘mphato oa hae President Ramaphosa Mokhahlelong oa Bobeli oa Lipuisano tsa ho matlafatsa likamano tsa linaha tsena tse peli, tse ahisaneng, ‘me ‘Moka o ile oa ba ka la mashome a mabeli a metso e meraro ‘Mesa, 2025 hona mona motse-moholo Maseru, Lesotho.
Mokhahlelo ona oa Bobeli oa ‘Moka oa Likamano lipakeng tsa naha ea Lesotho le Africa Boroa o ile oa ts’oaroa koano Maseru ho tloha ka la Mashome a mabeli a metso e ‘meli, ho isa ka la Mashome a mabeli a metso e meraro khoeling ea ‘Mesa. Mokhahlelo ona, o ile oa etelloa pele ke Kopano ea Lekhotla la Matona a linaha tsena tse peli ka la mashome a mabeli a metso e ‘meli ‘Mesa; ha Kopano ea Bahlanka ba baholo ba Mebuso ena e ‘meli e ile ea eba ka marang-rang [ e leng virtually] ho tloha ka la Robeli ho ea ka la Leshome le metso e mehlano, le ka la Leshome le metso e ts’eletseng ‘Mesa, ba fera Kopano mona Maseru ka la Mashome a mabeli a metso e ‘meli ‘Mesa, 2025.
Likopano tsa Bahlanka le Matona li ne li hlophisetsa ‘moka o moholo oa Lihlooho tsa linaha le mebuso. Mohlomphehi Deputy President, President Cyril Ramaphosa o ne a felehelitsoe ke moifo oa Matona a leshome le metso e mehlano le Bahlanka ba ka holimo ho lekholo. Ke Lekhetlo la pele ‘muso oa Africa Boroa o romela moifo o mokaalo ho tla ka hare ho naha ea Lesotho, e le ho tla sebetsana le Likamano tsa linaha tsena tse peli. Ke hle ke supe esale sethathong hore hantle-ntle lintlha-kholo tsa BNC ke nts’etso-pele ea Litumellano tseo esale Lesotho le Africa Boroa li li ts’ohla ho tloha ka nako ea JBCC[JOINT BILATERAL COOPERATING COMMISSION] e qalileng ka ‘Mesa Selemong sa Likete tse peli le motso o le mong – 2001. Hoa rona re le ‘muso ke bophethahatsi ba Litumellano tse fihletsoeng le hona ho matlafatsa likamano tsa linaha tsena tse peli joalo kaha Molaoana oa rona oa Machaba, e leng ntho e bitsoang Foreign Policy o qala ka Likamano tse tsitsitseng lipakeng tsa Lesotho le Africa Boroa.
Lihlooho tsa linaha le mebuso ea linaha tsena tse peli, li tiisitse bohlokoa ba maqhama a setsoalle le likamano tse mofuthu tse renang lipakeng tsa linaha tsena tse peli tsa h’abo rona. Likamano tsena li its’etlehile – har’a tse ling holim’a Likamano tsa Basotho le Ma-aforika Boroa, bochaba-‘moho le puo e ts’oanang. Baetapele bana ba boetse ba supa hore bokamoso ba linaha tsena tse peli bo tlamahane hammoho, ‘me li tlamahantsoe le ke boahisane le kopanelo ea moruo. Ka lebaka lena, ba buile kathata ka bohlokoa ba ho matlafatsa Likamano lipakeng tsa linaha tsena tse peli, haholoholo tlas’a Tumellano ena ea Bi-national Commission. Ba boela ba tiisa bohlokoa ba ho kenya ts’ebetsong liqeto tse fihletsoeng molemong oa ntlafatso ea bophelo ba baahi ba linaha tsena ka bobeli.
Liqeto tse fihletsoeng Mokhahlelong ona oa Bobeli oa BNC, ho tekenetsoe Litumellano tsa ts’ebetso, MOU[A MEMORANDUM OF UNDERSTANDING] lipakeng tsa Makala a mebuso a linaha tsena tse peli.
E ‘ngoe ea linthla-kholo tse fihletsoeng Mokhahlelong ona oa Bobeli oa BNC, Bahlomphehi Litho tse Khabane, ke ho tekeneloa hoa Litumellano tse ts’eletseng, lipakeng tsa Makala a ‘mebuso ea linaha tsena tse peli. ‘Me ke hle ke toboketse ke sa le sethathong hore boholo ba Litumellano tsena li ne li qaluoe ke ‘muso oa Lesotho. Litumellano tse tekenetsoeng li lipakeng tsa Makala ana a latelang:
- Khoebo le khoebisano, ka MOU on ‘Economic Co-operation’,
- ‘Polokeho le Ts’ireletso’, ka MOU on ‘Defence Cooperation’, ‘
- Lihloliloeng, kaTs’ebeliso ea ‘Metsi a Mohokare sebakeng sa ‘Nosetso, ka MOU on ‘Mohokare’
- ‘ La Thuto ka thuto ea Mathomo’(MOU on ‘Basic Education’), ‘Thuto ea Likolo tse Phahameng’(MOU on ‘Higher Education’) le;
- La ho qetela eleng la ‘Nts’etso pele ea Sechaba, ka MOU on ‘Social Development.
Ho tsa ‘Bojaki le Motsamao Malibohong’, Lihlooho tsa linaha le mebuso li lumellane hore linaha tsena tse peli li phethele ka potlako ‘Boithuto’ bo ntseng bo etsoa mabapi le mokhoa o mocha oa litaba tsa ‘Bojaki’(the new migration model) ba linaha tsena tse peli pele khoeli ea Loetse e kolumela. Ho boetsoe hoa lumellanoa ke lihlooho tsa mebuso hore ‘muso oa Africa Boroa o tla folofela kapele-pele taba ea ho fa Basotho Matsatsi a mashome a robong ha ba ts’elela naheng a Africa Boroa, e le ho nolofatsa motsamao lipakeng tsa linaha tsena tse peli ha re ntse re emetse mokhoa o mocha oa bojaki. Ke tlalehela Ntlo e khabane hore taba eo ese bile e phethahetse.
Ho tsa ‘Ts’ireletso le Polokeho ea Sechaba’, baetapele ba linaha ba bonts’itse bohlokoa ba ho nts’etsa pele ts’ebelisano litabeng tsa Ts’ireletso le ho thibela litlolo tsa molao lipakeng tsa linaha tsena tse peli, molemong oa khoebisano le kholiso ea moruo. Ba lumellana ka ho ts’oarana ka matsoho ho loants’a, har’a tse ling, thekisetsano ea batho (human trafficking), lithunya tse seng molaong(smuggling of guns and small firearms), bosholu ba liphoofolo le makoloi ekasitana le bosholu le botlokotsebe bo etsoang ka marang-rang(cyber crime).
Joalo kaha ke se ke supile, linaha tsena tse peli li tekenetse Tumellano ea ts’ebetso litabeng tsa ‘Polokeho le Tsireletso’(MOU on Defence cooperation).
Ho tsa ‘Khoebo le khoebisano le Kholiso ea moruo, lihlooho tsa linaha le mebuso li tobokelitse bohlokoa ba ho matlafatsa maqhama litabeng tsa khoebo le khoeisano molemong oa kholo le ntlafatso ea moruo oa linaha tsena tse peli(MOU on ‘Economic Cooperation’) ele ho matlafatsa moruo le tlhahiso ea mosebetsi ka hare ho linaha tsena tse peli.
Bahlomphehi lihlooho tsa linaha le mebuso ea Lesotho le Africa boroa ba lumellane ka ho matlafatsa ts’ebetso le ts’ebelisano malibohong a Maseru le Maputsoe kapa Ficksburg ka mokhoa o mocha, o lumellang ho re thepa le batho ba hlahlojoe ha ‘ngoe feela lipakeng tsa maliboho a linaha tsena tse peli( one stop border posts check at Maseru le Ficksburg Bridges). Taba ena ha e phethetsoe hantle, e tla matlafatsa khoebo le khoebisano lipakeng tsa linaha tsena tse peli.
Mohlomphehi Vice-President le Litho tse khabane tsa Ntlo, ho tsa ‘Ntsetso-pele ea Sechaba-Lihlooho tsa linaha le mebuso li lumellane ho matlafatsa ts’ebelisano e mofuthu litabeng tsa ‘Thuto ea Mathomo’ le ho ‘Thuto e Phahameng’ ekasitana le ho sebelisana ntlheng ea thuto ka litaba tsa mahlale le ts’ebeliso ea mahlale.
Ba boetse ba lumellana ka ho matlafatsa tsebelisano-‘moho litabeng tsa ho ntlafatsa ‘bochaba’ le ‘lipapali’ lipakeng tsa linaha tsena tse peli.
Ke fere ka ho bonts’a hore Lihlooho tsa linaha le mebuso li lumellane ho tsoela-pele ho rera le ho shebisana ‘moho litaba tsa lefats’e ele ho shebela litaba ‘moho le ho hata ‘moho moo ho hlokahalang molemong oa linaha tse peli le lichaba tsa tsona.
Ke qetelle ka ho supa hore ha se ‘nete, Litho tse Khabane, hore naha ea Lesotho e lumellane le ea Africa Boroa ka ho aha motebo o kopanetsoeng le sesole sa Africa Boroa. Hape ha se ‘nete hore Lesotho le kopanela Oxbow Training facility le sesole sa Africa Boroa. Hoo e leng hona, ke hle ke toboketse hore ke Lipuisano tse qalileng mebusong e fitileng ea linaha tsena tse peli, ka nako ea JBCC ka hore na linaha tsena tse peli li ka thusana joang ho matlafatsa ka ho aha litsi tsena joang, ‘me Lipuisano li ntse li tsoelapele. Ha li se li phethetsoe, re tla boela re fana ka tlaleho.
Ke fella hakaalo ka tsena tsa ‘Polokeho le Ts’ireletso kaha Letona la Ts’ireletso a le teng le setsi sa habo ho li hlakisa ho feta mona. Ke phethela ka ho supa hape hore ho ka se re tsoele molemo re le naha ea Lesotho ha re ntse re supana ka menoana, empa re ka hopola hore litaba tsa metebo ea ts’ireletso li bile teng ho tloha ka JBCC pele ho BNC. Ho ka re thusang ke hore na li tsena re li atamela joang, ho matlafatsa polokeho le ts’ireletso ea naha le liemahale tsa rona.
Kea leboha, Mohlomphehi Vice-President.
MR.VICE PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi Letona le khabane ka Polelo eno, kaha Litho tse Khabane esale li e nyoretsoe li botsa hangata, neng-neng ra ba ra ba tsebisa hore u n’u loketse hore e be u il’a ba ka koano, empa ka mabaka eaba re chechisa nako eno ea hore u tl’o etsa Polelo ka koano. Re thabile haholo, u e entse, kea kholoa Litho tse Khabane li tla khotsofala haholo.
Litho tse Khabane, ke ne ke re ke lefe nako ea hore le botse lipotso. Le hopole hore ha le etse li-statement; empa le botsa lipotso sebakeng sa hore le hlakeloe moo ebang Polelo ea Mohlomphehi Letona ha e ea hlaka, ‘me ka lebaka la hore re itse re tl’o tla re e-ba very strict ka taba ea nako, lipotso tseno kamor’a 30 minutes ha re na ho lumella hore tse ling li botsoe, re tla be re fetela sehlohong sa bobeli.
Ke u bone Morena oa Thaba-Bosiu, re tla qala ka uena.
Ke mpa ke re ke etse tlhakiso e ‘ngoe hape ea hore ka lebaka la sitting arrangement e teng hona tjena, ho na le Litho tse Khabane tse sa lulang moo li neng li ts’oanela hore e be li lutse hona teng ka lebaka la hobane libaka tseno li ntse li sebelisoa ke Matona a Khabane.
Ke kopa hore Litho tseno tse Khabane tse sa lulang moo li ts’oanetseng ho lula, kajeno feela ke tla li lumella hore li tle li botse Lipotso li le moo li leng hona teng, e seng moo li tloaetseng ho lula hona teng kamehla.
Kea leboha.
HON. SENATOR K.L.K. THEKO: Kea u leboha, Mohlomphehi.
Ka ‘nete re ne re lebelletse ka cheseho e kholo litaba tsena tseo Letona le Khabane le li behang kajeno. Che! ‘Nete ke hore tsona ho ne ho le bonolo hore re li etse access ka lebaka la hore re ne re ka ‘na ra ea ‘mokeng mono ra imamella le ho ithuta mahamo a tsona, ‘me rea leboha ke hona.
Tebello ea rona e kholo e ne e le taba ea Polelo ea Letona le Khabane holim’a taba ea Ntate eo ho thoeng ke Dr. Lipholo kapa Moruti Lipholo. O na le li-title tse ngata kaha ba bang ba se ba mo rehile “Morena e Moholo oa Basuto-land! Taba ena e bakile pherekano ka lebaka la hore Lesotho le tsebahala le na le Motlotlehi, Tona-Kholo, ‘Muso le litsibane tse ling tse thehang Puso ea Lesotho.
Taba ena e re ferekantse haholo hoo e ka reng re ka tseba maikutlo le boitokiso ba Puso hore na ebe bona ba ntse ba itokisetsa ho etsa joang ka Mr. Lipholo, hobane ekare ho na le batho ba bang ba reng taba ea Lipholo le e ts’oare hantle ea chesa, hobane le bona ba re ba ka Lipholong!
Kahare ho Paramente mehlolo e etsahalang, Mohlomphehi!
Ha ke tsebe haeba u ka tseba hore mohlomong u ka lumela hore Letona le mpe le re hlakisetse. Ka ‘nete taba ena eona re e thabetse eo a qetang ho e beha, feela e re ferekantseng haholo ke ena ea Mr. Lipholo, hobane ho na le moo ke fumanang motho a hlaha a omanya Motlotlehi hore o hanne ho bua le Mr. Lipholo, ‘me ho bonahala a rekisitse naha.
Ke litaba tseo re ka ra li nkang e le mokhoa oa belligerent, oo re bonang eka o ka re thehela liqabang le tlhokahalo ea khotso, haeba mohlomong re ka araba litaba tseo re e-s’o fumane molomong oa ‘Muso oa habo rona hore na oona o beha litaba tsena ka tsela e feng hore li ke li hlake, li be li otlolloe hantle, re utloe hore na attitude ea hau, joalokaha ekare u se u kile ua fana ka Polelo ka National Assembly – ka mona ekare u liehile, Ntate Letona, hore re utloe le ho tseba maikutlo a ‘Muso hore re tle re tsebe hore joale, hee re kene tabeng ena ka matla le hore re bone hore na Lipholo o khalemeloa joang ka boits’oaro bona boo a ntseng a bo etsa, le batho ba mo latetseng.
Kea leboha, Mohlomphehi.
HON. MIN. M. LEJONE: K a ‘nete kea leboha, Mohlomphehi Vice-President. Ke leboha le potso ena ea Morena oa Thaba-Bosiu.
Ke hle ke mpe ke hlake ho Ntlo e Khabane ena hore ha re e-s’o be le Polelo kahare ho Ntlo eane e ka tlaase ka litaba tsena tsa Honourable Lipholo.
Hoo ke ileng ka ba le hona ke Ntlha ea Tsamaiso hore ka ‘nete ke maketse ke le Letona la Machabeng ho utloa Setho sa Ntlo eno e Khabane ea Bakhethoa se ipitsa “morena oa Basotho!” Re le ‘Muso re ntse re le methating ea ho etsa lipatlisiso ka litaba tsena ka litsi tse nang le kobo ea bohali, ‘me rona ba Machabeng re ntse re hokahane le bona.
Hang ha litaba tsa lipatlisiso li phethetsoe ka litaba tsena, re tla hlahella sechabeng joale re fane ka Polelo hore na re reng ka litaba tsena, le hore na re ea pele joang ka tsona.
‘Nete e teng ke hore, Morena oa Thaba-Bosiu, le ‘na ke le Letona la Machabeng ke ts’oenyehile hore e be re ka ba le e mong oa bana ba naha ena ea qholotsang Boeta-Pele le Borena ba naha ena ka sebopeho seno.
Ka ‘nete re ile ra hla ra beha hoane ha a re o ea koana United Nations, moo re se nang leha e se e-kaba tokomane feela e bonts’ang hore o ile a fihla teng a re o il’o tseka naha.
Ka ‘nete re re katamelo eno ea hae ea litaba ke tsela e fosahetseng haholo. Re tla ba le Polelo e hlakileng haholo holim’a litaba tseno.
Re ile ra bona marang-rang mona – leha ke ile ka belaela hore e ka ‘na eaba empa e le litaba tsa –cyber-crime moo ho mpang ho sebelisoa mabitso a hae, e ba e ka ‘na eaba ha se eena mong’a litaba tsena.
Re ntse re lebelletse ka Litsi tsa Ts’ireletso hore li fumane ka botebo e le hore re tle re khutle joale re nkile likhato re le ‘Muso holim’a litaba tsena tse bonahalang ehlile li tsoile tseleng haholo.
Kea leboha, Mohlomphehi.
HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE: Kea u leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa President ea Ntlo ea Senate. Ke hlomphe Matona a Khabane le Litho tse Khabane tsa Ntlo.
Mohlomphehi, ke ema mona e le ts’alo-morao ea Polelo ena ea Mohlomphehi Letona le Khabane la tsa Machabeng. O buile ka li MOU tse ts’eletseng.
Ke kopa hore ke tle ke qale ka ena ea Mohokare. Holim΄a taba ena ea Mohokare ke utloa a thetsitse taba ea Irrigation (Noesetso ea Masimo kapa Temo). Ke re na Mohlomphehi Letona le Khabane a ka reng ka litaba tsane tsa Agreement ea Metsi a Lihlaba tsa Lesotho, e neng e tlameha ho etsoa review kamor’a lilemo tse ling le tse ling tse tharo, empa ho sa bonahale ho tloha ka 1986 ‘Mebuso e bileng litulong e nka khato holim’a litaba tse joalo?
Ke kene ho MOU ea bobeli ka potso ea ka holim’a basic education thutong e phahameng le e mahareng. Ke re na Mohlomphehi Letona le Khabane, (ka lehlohonolo kea bona hore ehlile ba tlile collectively) a ka reng ka taba ena ea 90 days, eo ho latela litaba tseo re seng re ntse re li utloa li ipetsa – hobane li ehle li qale li ipetse, e re ha re sa nke khato, ebe ha li phethahala re re ‘nyeo o ne a e bolele taba eno!
Hona joale u bua ka taba ea Agreement kapa Memorandum of Understanding lintlheng tsena, feela Afrika Borwa e sitoa hore e re thuse ka taba ena eo e e kentseng kahar’a Agreement ena ea Metsi a Lihlaba tsa Lesotho ea hore e tla re metsi ha a feta rona re le naha re tla thola metsi a makana le motlakase o mokana. Le hona joale ba ntse ba hana ho etsa hore re ke re be le tsela ea motlakase. Kobong mono Leribe ba ne ba bona hore le motlakase re ke ke ra hlola re o fumana.
Le ka reng, Mohlomphehi, ha e le moo litaba tsee li sa etsahale?
Ke tle ho ena ea Defence on co-operation. Mohlomphehi, hoa soabisa hore e be ka 1998 bana ba batho ba shoele Katse mane. Ba shoele Makoanyane mona kapa kahar΄a Maseru ka mona, empa malapa a joalo haven’t been compensated! Today ke lona ba litulong!
Na le ke se re le ts’elisa malapa ao a joalo, Ntate? South Africa e r’eng ka taba eo hobane le litaba tseo ba keneng ka tsona ka 1998 mono ha ho na lintho tseno tseo ho neng ho buuoa ka tsona tsa hore ho tl΄o tla ho phahloloa matamo, ho etsoang?
Ke litaba tseo bapolotiki ba ka nako eno moo ba etsang serve interests tsa bona ba kentseng mafu a bana ba batho hona bo Katse mono.
Mohlomphehi, u ka reng ka taba ee ea security hore le tla tiisetsa Basotho hore litaba tsa bo-1998 li ke ke tsa hlola li tl΄o ipheta kahare ho naha, ha bapolotiki ba qabana ka bo-bona kahar’a naha?
Ke e fete eno, Mohlomphehi.
Ke kene ho ena ea economy. U buile ka taba ea Bochaba le Lipapali. Ha re bua ka litaba tsa Bochaba le Lipapali, Mohlomphehi, Metsi a Lihlaba tsa Lesotho ke ano a kene mono, ke hore ha u sheba ka Leribe feela, e leng ho tloha bo-Ha Nts’eli, Mphorosane le linqa tse ling, Morero ona ehlile ha ua tsoela batho molemo ba bangata, ho kenyeletsa le bona ba lokeloang ke mats’eliso. So, kea feta taba ena. Empa le ha le joalo Letona la ka, ke kopa u ke u njoetse hore na lona ka ‘Muso oo oa heno, ebe Litaba tsee le tl’o li thula joang ho latela Potso ea ka?
HON. M. LEJONE: Bana ba Basotho ba be ba re, re ba il’o batla mosebetsi hantle ba sala morao chelete ea bo bona, hobane ha u ka ua re ua sheba Malibohong a Naha ea Lesotho kaofela, thepa e kenang kahare ho Naha ea Lesotho e sebelisoa ke rona re le Basotho e ngata haholo! E leng hore chelete e-ea tsoa e ea Afrika-Boroa. Thepa ea tla e tla Lesotho, tlhaiso e Lesotho mona e nyane haholo ke lona lebaka leno u bonang re na le ntho e bitsoang MOU or Economic Corporation. Ele hore re tsebe hore re matlafatse tlhaiso kahare ho Naha ea Lesotho re hlile re shebile taba ea temo. Taba eno ea hore re sebelise metsi a mohokare, taba eno ea MOU on wire tse kahare ho Mohokare river e qaluoe ke rona re le Naha ea Lesotho, hobane re re re batla ho matlafatsa tlhaiso ka noesetso. Re be le irrigation schemes kahare ho Naha ea Lesotho ka mona, re matlafatse tlhahiso.Bana bana ba Lesotho ba eang ba il’o sebetsa at the-farms in South Africa ba sebeletse habo bona koano.
Taba ea Defence Corporation, joalokaha ke se ke ile ka bonts’a, e kaba hantle haholo ha Letona la Ts’ireletso le sehlopha sa habo ba ka ba tla joale ba behe ka pele ho Ntlo ena e Khabane hore na meralo ea bona ke efeng ka litaba tsa Defence Corporation.
Ke tla kopa hore ke tle ke seke ka kena haholo ka botebo litabeng tsa compensations holim’a litaba tsali-casualties tsa 1998, hobane ke bona ba tla tseba ho pharalla haholo ka litaba tse joalo. Kannete ke kopa hore empe ebe Potso ena ea Morena oa Linare ke e arabile ka hore ke fe Ntlo ena e Khabane hore Matona a ikarabellang le Makala a bona holim’a litaba tseo tsa MOU ba tle ba tle ba tl’o pharalla ka those MOUs.
Kea leboha, Mohlomphehi.
MR VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane. Ke utloile hantle, ‘me taba ena e re fepela Agenda ea rona going forward hore re tla tlameha hore re kope Matona a amehang litabeng tsena tsa these MOUs ba tle ba tle ka koano ba tl’o re fa ka botebo litaba tse amanang le these MOUs. Re lebohile ka karabo eno.
HON SENATOR. DR. T. LEBESE: Kea leboha, Ntate Vice-President. Kannete ha ke u hlomphile ke hlomphile bohle ele hore re boloke nako, Ntate.
Ke na le Lipotso tse peli tse khuts’oanyane ho Hon. Minister ea beileng hantle haholo litabeng tsa hae tsa BNC, empa kea kholoa potso e neng e ka tla ho oena, Hon. Minister, ke ea hore now that you know hore Mohlomphehi Lipholo o se a tlotse meoloane ea hae ea ho nka kano ele Leparamente la Naha ena, kaha joale a iphatlalatsa ele e mong oa Naha e ‘ngoe eo re sa e tsebeng (Morena oa Thaba, ha ho nepahetse ke Mr kapa Mohlomphehi Lipholo ka lebaka la Boparamente. Ea ‘Dr’ Lipholo re tla rutulla bana ba rona, o tla e bitsoa ke sekolo sa ne sa Bible se mo fileng eona eseng rona)…
‘Me na ebe Mohlomphehi Letona ha bone eka ke bohlokoa hore ‘Muso le National Assembly, re ipapisitse le molao oa likhetho oa 2011, o nkele Mohlomphehi Lipholo hore joale o se a tsoile kano ea hae tlaase kahoo o iphatlalatsa ka Naha e ‘ngoe ele Leparamente la Naha e ‘ngoe?
E ‘ngoe e khuts’oanyane, Ntate Vice-President, ke ea hore re itse rea leboha, Ntate, ke litaba tsa BNC.
Ntate Minister Foreign Affairs, ebe u ka beha le ka a mabeli feela, Ntate, on bilateral agreements tsa US and Lesotho? Maobane mona bahaisane ba ile ba hlaha teng USA, Ntate, ‘me hoseng hona ba hlaha eka hona le ho hong hoo ba ho fumaneng. Ekare ebile AGOA ea bona e tla ba extended, Ntate. Ke ne ke re mohlomong ekaba bohlokoa u sa le teng tjena ka mantsoe a mabeli u hlakise feela hore ebe na le ntse le bona eka le tla fumana appointment ho Oval House kapa ebe ba se ba re kotetse ka mokhoa oo litaba li leng kateng?
HON. M. LEJONE: Kea leboha, Mohlomphehi Vice-President. Ke lebohe le Potso ena ea Dr Lebese e matla haholo. O tsoela-pele ho sala morao taba ea ts’oenyeho ena eo ke reng nkile ka ema ka Ntlha ea Tsamaiso kahare ho Ntlo eane ea Bakhethoa hore ha ke bone hore hoa nepahala hore Setho sa Ntlo eno se ka iphatlalatsa ka sebopeho seo a seng a iphatlalalitse ka sona. Ka ho etsa joalo ke ne ke hlile ke beha ka pele ho tsamaiso ea Ntlo e Khabane hore ho latela Standing Order joale Ntlo eno e Khabane e iphatlaletse hore na eona e r’eng.
Eleng hore ka nq’ena ‘Muso ha o nts’o etsa liphuputso holim’a litaba tsa hae malebana le taba ena – hobane ‘na ke belaela ho na le litlolo tsa molao tse ngata haholo kahare ho taba eno. Haeba u hopola a mang a mantsoe ao a a sebelisitseng hona kahar’a Setsi sa Sesole kamono o ne a hoelehetse ho re, kea hoeletsa kahar’a Setsi ka mono kea tseba ba bang ba lona ha lea khotsofala, ‘na ke re le eme ka maoto – ’me ke re ho oena lipolelo tsa hae ha u li mametse joale ebile hona le pina ea Sechaba eo ho thoeng ke ea Sechaba e binoang pele a bua, hona le folakha mono.
Litaba tseno kaofela ha u qala u li sheba feela u tla lemoha hore ehlile o se a thereketse haholo, a ile hosele haholo. Ekanna eaba ke ka lebaka la molilietsane a ileng a o fumana ho tse ling tsa litsi tsa khaso, ba mo thoholetsa hore ekanna ea ba o nts’a nepa.
Ke re, Ntate, ka Pusong ka mona litsi tsa rona tsa Ts’ireletso li tla etsa oa tsona mosebetsi, joale ba re fe hore na lona ba Machabeng ha re tla re tl’o fana ka polelo re tle re re ‘Muso o-s’o hatetse pele hakae. Empa kannete ke ne ke ile ka ema ka Ntlha ea Tsamaiso ka hona kahar’a Ntlo e Khabane eona e tle e etse pronounce hore na e re’ng ka Setho sa eona se bonahalang se hata ka lebatha joalo.
Ke belaela hore le eona Ntlo ena e Khabane ea Senate le eona e ntse e ka iketsa pronounce holim’a litaba tsena hobane ke karolo ea Paramente ea Naha ea Lesotho, ‘me Setho sa rona ha se bonahala se beha litaba ka lehlakore lena le rona re ntse re kaba le Motion re le Ntlo ea Senate hore na re r’eng ka litaba tsena, ‘me ho be le resulotion e hlakilng from motion o hlahang kahar’a Ntlo e Khabane.
Ke re ho Dr Lebese taba ena ke ea rona kaofela re le Sechaba sa Basotho, re lokela re e nkele likhato.
Tabeng ea Bilateral Agreements and Bilateral Relations lipakeng tsa Naha ea Lesotho le USA, ae, Ntate, re ntse re ts’oere re na le liphutheho tse ngata haholo tse ntseng li tsoela-pele beke e ‘ngoe le e ‘ngoe! Le Labobeli ho na le phutheho e neng e ntse e tsoela-pele ka tsona litaba tse ts’oanang, empa ele litaba tse koaletsoeng tseo e leng hona re leng kahar’a negotiations tse ke keng tsa phatlalatsoa.
Kannete ke batla ke hle ke behe kahare ho Ntlo e Khabane ke e kholise hore lipuisano li teng, Letona la Trade ke lena le teng o na le lipuisano le eena tse ntseng li tsoela-pele le rona; from the level of Foreign Affairs hona le lipuisano tse ntse li tsoela-pele ka litaba tsena kaofela ha tsona. Li se li fihlile le boemong ba Mohlomphehi Tona-kholo moo honang le engagements. Re ntse re lebetse hore le rona re tla ke re bitsoe to the Oval House re ke re il’o arabela, re ke re botsoe lipotso, re ke re kene kahar’a engagements le rona re behe lehlakore la rona le hore re li bona joang.
Ke hHobane kannete President o ile a bonts’a hore a ka rata hore Linaha li tle ho tl’o ba le lipuisano, ‘me rona re ile ra ngola ra bonts’a hore ehlile re ka rata hore re be le lipuisano haeba re hloleha hore re fumane phutheho, mohlomong haeba Linaha li ngata haholo tse batlang ho bona President le ka mohala ha re na bothata ba hore re bue litaba tse amang Naha ea bo rona le eena. Re lumellane hore re tl’o sebetsa joang, empa Bohlanka ba hae bona bo teng ka lipalo tse ngata haholo boo re ntseng re buisana le bona
Kea leboha, Mohlomphehi.
MR VICE-PRESIDEDNT: Rea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane. I wish ekaba lipuisano eseng lipotso, Mohlomphehi.
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ke lebohe Ntate Vice-President, bahlomphehi Matona a Khabane le Litho tsa Ntlo.
Ke ne ke ntse ke batla mantsoe a Sesotho joale a mpalehetse, feela hona le le leng kapa hothoe u mokakailane? Ke ntse ke leka ho le sebelisa hore na hana le sebetsa joang moo linaha li tsebang hantle hore ke linaha hobane li na le ts’ireletso, mesebetsi ea bokakailane e hle sebetsoe. Ke mpa feela ke hloleha ho tseba Linaha tsena tse nang le bojakane hore ba atamela taba eno joang, empa mane moo re seng majakane rona rea tseba hore litaba tsa bokakailane li sebetsoa joang.
Joale ke batla ke e siee ele joalo, empa eo e hlileng eleng eona Hon Min, ke taba ea hore na lipuisanong tsena tsa lona le mohaisane na le ile la ka la sheba, mohlomong ele tsela eo le rona re sebetsang le bona, hore na re ba ts’ehetsa hakae tabeng ea thuto? How much do we spend in the South African tertiary education?
Ke hore rea sponsor ha re etsa joalo, hobane bona bana ba ne ba rona ba etsang lithuto ka mane chelete eno e ea ka mane ka ho bona joale ba nka re le ‘maraka oa bona litabeng tsa thuto, ‘me taba eno le bona ele leverage in terms of your engagement? ,Also in the health sector li bona joang? Na lea libeha tjee ba tsebe ho bona hore ha ba ba more restrictive tabeng ea ho lumella movement oa baithuti ekasitana le hore ba ithute habonolo kamoo moruo oa bona o tla ea tlaase kateng?
Ke leka hore na lia hlahella litaba tseo, hobane ke tsona litaba tse re thusang le rona hore re tsebe ho nolofaletsoa mokho’a moqoqo le bona?
Ke ho re ke utloile ke rata Morena oa Thaba leha ele hore ha se motho eo ke ratang ho mo ts’ehetsa hangata, ha a re eke a ka be a ile a ba in the corridors for moqoqo ona, a ba teng, a ke a mamele a utloe hore le buisana joang. Che! Ha Trump teng ha ke le khothaletse hore le tsamaee le eena; ha le ea ha Trump le mo siee ha hona ntho eo le tla tla le e ts’oere ha le ka tsamaea le eena.
Ke mpa feela ke hlaisa joalo, Ntate Vice, kannete hore ‘na ke nka e ntse e le khatelo-pele, feela empa ea bohlokoa haholo kannete ke eona ena ea hore re etse acknowledge taba ea contribution eo Lesotho le e etsang moruong oa South Africa, ‘me taba eno e bohlokoa haholo.
Ha re ka lula le Sechaba sena eba mohlomong le ntse le tla le re joetsa hore, ‘re na le bana ba bakana ba ileng Afrika Boroa, ka chelete e kana eo re e isitseng Afrika- Boroa’ E ea re thusa le rona mona moo re lutseng teng ha re qoqa leha re noa coffee re re, ‘ache, leha u ntse u re Lesotho le joang joang, feela ak’u bone Education Sector ea lona!’
Ke hobane libaka tseo tse le li sieang ke rona re fihlang re li tlatsa.
Ke ne ke re na ekaba ea hlahella taba eo, Ntate, na?
HON M. LEJONE: Kea leboha, Ntate Vice-President. Ke lebohe Hon. Senator Motsamai ka lipotso tsa hae. Empa kannete Potso ea hae ha o e akaretsa boholo ba eona ke hore leverage ea rona during negotiations le Afrika Boroa ebe re sebelisa’ng haholo, ‘me a shebile taba ea Thuto le Bophelo. Nnete e teng ke hore u lokela u hl’u shebe le taba ea tlhahiso ka kakaretso hoba lisebelisoa tse sebelisoang Lesotho mona letsatsi le leng le le leng limilione tsa chelete e tsoang Lesotho mona ka li truck tse kenang li fapanyetsana ka chelete, ke moruo o holang ka Naheng ea Afrika Boroa. Ke chelete e tsoang kahare ho Naha ea Lesotho; tlhaiso e etsahala Afrika- Boroa eseng Lesotho, ‘me litaba tse kang tseno rea li sheba.
E ‘ngoe ea litaba tse kholo tseo re li shebang ele leverage ea rona ea negotiations ke hore ka nako eane eo ba neng ba na le bothata, eo re sa batleng hoea ho eona haholo, ke Lesotho le neng ele lehae ho bona, ‘me ke re mathata a tla fapana haeba bothata ba bona ba ka nako eno e ne e le puso ea Apartheid, ‘me rea tseba hore ba ne ba le linaheng kaofela ho kenyeletsa le naha ea Lesotho.
Batho ba baholo ka hare ho naha ea Afrika Boroa ba ithutile hona Lesotho mona. Batho ba baholo ka hare ho Cabinet ea Afrika Boroa ha ba re Lesotho ehlile ba re hae lapeng, ‘me ke re ke tse ling tsa litaba tseo re qoqang le bona ka tsona.
Ho nkile nako hore ba utloisise hore re lokela ho tla tafoleng, ele hore taba ena ea Bi-national Commission e sebetse. Ho ba nkile nako hore ba utloisise, ‘me ka’nete rea tseba hore koloi e ‘ngoe le e ‘ngoe e nka nako hore e futhumale, ‘me ha e se e kene ka tseleng e tsamaea re tla bona melemo.
Re na la tumelo le rona hore ‘Moka ona oa pele le oa bobeli e ne e mpa e le hore feela koloi ena ea rona e tlohe; melemo e mangata re na le ts’epo ea hore re tla e bona. Ha u ka ua sheba ka lehlakoreng lena le ka boroa la naha, literekeng tsa Mohale’shoek, Quthing le Mafeteng, u tla lemoha hore ho lehoatata, ‘me tlhahiso ena eo re ntseng re e etsa ea poone le mabele, ha e atlehe libakeng tseno.
Joale empa ka lehlakoreng le ka nq’ane, ba lema lifate ba etsa tlhahiso ea litholoana. Ke ho bolela hore libaka tseno kaofela ha tsona ke libaka tse ka tsebang hore le rona li re hlahisetse litholoana ka boemo bo holimo haholo.
Ka’nete re na le tumelo ea hore re tla ts’oarana ka matsoho le banna le basali bano ba habo rona hore re matlafatse tlhahiso ka litsebo tseo tseo ba seng ba ntse ba na le tsona. Re matlafatse tlhahiso ka hare ho naha ea Lesotho, re ba fokoletse boima ba Basotho ba tlolang terata hobane ba re ba il’o batla mosebetsi.
Ba sebetse habo bona mona, re ba fokoletse Basotho bana bao re reng ke migrants tse illegal tse eang mono hobane li re li il’o batla mosebetsi. Ke re, Ntate, ke tse ling tsa litaba tseo re li sheba hammoho tseno hore re thusane, re sebelisane.
Sebopeho sa naha eabo rona we are enclosed. Taba eno ka bo eona feela e re naha ea Lesotho le naha ea Afrika Boroa li lokela ho ba le likamano tse special, hobane Afrika Boroa e na le maliboho le linaha tse ling, empa rona re na le maliboho ‘ohle le naha e le ‘ngoe, e leng Afrika Boroa, ‘me ke e ‘ngoe ea litaba tseo re li behang tafoleng for us to negotiate.
Kea leboha, Mohlomphehi.
MR VICE PRESIDENT: Ka’nete re lebohile haholo, Letona le Khabane. Ke utloa eka lipotso tsohle u li arabile kaofela ka nako ena e neng e entsoe allocate for lipotso. Ke mpa ke hlokometse feela hore mane moo Honourable Senator Motsamai a neng a u qholotsa, ha ua ea, ‘me ke nka u nts’u nepile hore ebe ha ua ea mono moo a neng a bolela hore bona ba na le tsela koano moo a phelang teng eo ba sebetsanang le bokakailane ka eona. Joale ke nka a ne a hlohleletsa.
Litho tse Khabane, re ne re ile ra lumellana mona hore re ke re fetise statements tsa Bahlomphehi Matona a Khabane, ‘me ha ke ne ke lelekela mona ke ne ke ile ka hlalosa hore ke statements tse peli.
Ke hlokomelisoa ke Tafole ea haeso mona ha Letona le qeta hore statement sena sa bobeli sa Honourable Minister of Home Affairs se tsoetsoe ke potso e neng e botsitsoe ke Setho se Khabane. Erekaha re ne re se re lumellane hore re tle re fetise statements tsena ke tla kopa hore re ee ho next Item ele hore Mohlomphehi a tla tsebe ho botsa potso eno, joale Letona le Khabane le tsebe ho etsa statement.
QUESTIONS
QUESTION 84: STATEMENT ON LATEST DEVELOPMENT REGARDING ISSUANCE OF IDENTITY DOCUMENTS AND PASSPORTS
HON. DR. T. LEBESE asked the Minister of Local Government, chieftainship, Home Affairs and Police to appraise the Senate on the latest development in regard to the issuance of Identity Documents (IDs) and Passports following a site visit conducted by the Committee on Government Assurances (CGA) at the Department of Home Affairs on 3rd September, 2024.
HON. L. LEPHEMA (Minister of Local Government, Chieftainship, Home Affairs and Police): Kea leboha, Vice President. Kea leboha, Bahlomphehi.
Le ntumelle le ‘na ka mokhoa o ts’oanang ke tle ke hlalosetse Litho tse Khabane ka maemo a teng ka Lekaleng la h’eso ka phano ea libukana tsa ho eta ekasitana le likarete tsa boitsebiso.
Ke mpe ke qale feela ka hore kamor’a ketelo ea Komiti ea Senate ea bolisa Lekaleng la Puso ea Libaka, Borena le Sepolesa ka Loetse 2024, Lekala le fihletse tse latelang, e le ho bona hore sechaba sa Basotho se fumana litokomane tsa mantlha tsa botho joale ka ha e le tokelo ea Mosotho e mong le e mong :
Lipakeng tsa Loetse ngoaholoa ho fihlela letsatsing la maobane, Lekala le atlehile ho fumants’a Basotho ba 76 858 libukana tsa ho eta. Ho tloha ka khoeli ea ‘Mesa monongoaha ha selemo sa lichelete se qala, re se re atlehile ho fana ka libukana tse 19 736.
Ke mpe ke totobatse hore leha ho le joalo ho ntse ho na le qholotso ea Basotho ba etsang likopo ebe ha ba khutle ho tla lata libukana tsa ho eta tsa bona. Hajoale Lekala le na le libukana tse fetang 15 918 tseo Basotho ba es’o li late, empa li se li lokile li emetse hore ba tl’o li lata.
Ka mokhoa o ts’oanang ho tloha ka khoeli ea Loetse ngoahola ho fihlela letsatsing la maobane Lekala le atlehile ho fana ka Likarete tsa Boitsebiso tse 127 388. Ho tloha ka khoeli ea ‘Mesa monongoaha Lekala le se le atlehile ho fana ka likarete tse 19 274. Leha ho le joalo, Beng ba ka, Lekala la h’eso le ntse le na le liqholotso mosebetsing oo le ntseng le o etsa.
Qholotso e kholo eo re bileng le eona ke ea hore for the longest time, ho bile le mokontraka ea neng a fuoe mosebetsi oa ho etsa maintain the system e etsang likarete tsona tsena tsa boitsebiso kapa ID’s le tse ling. Mokontraka ea joalo o ne a sitoa kapa o ne a sa nchafatse thepa eo a neng a e sebelisa eo a qalileng ho e sebelisa ho tloha ka 2012 ha mokhoa o mocha oa ho etsa libukana tsa ho eta le likarete tsa boitsebiso o kena ts’ebetsong.
Sena se ne se baka ts’itiso ts’ebeletsong tsa Lekala, ‘me hang hoba contract ea hae e fele ‘Muso o ile oa ikeletsa ho batla e mong a mocha, ‘me motho enoa kea tseba hore he is well known. Ke motho a neng a bitsoa Nekhufu kapa Phanjia.
Hajoale re na le ea mocha ea ntseng a lokisa system, a kenya mechine e mecha, ho akofisa mosebetsi oa Lekala hore haufinyane sechaba sa Basotho se se ke be sa sokola.
Qholotso e ‘ngoe eo re ntseng re sebetsana le eona – re batla ho ipiletsa ha re etsa kopo, ho latela the budget ceiling of the Government of Lesotho.
Chelete eo re e abetsoeng selemong sona sena se holimo ke e ka khonang ho re rekela 65 000 ea libukana tsa ho eta. Ha re elelletsoe hore re bona eka re ka nepa ha re ne re ka ra khona ho reka libukana tsa ho eta tse 150 000, empa leha ho le joalo, taba ena re ntse re e sebetsa, ‘me re lumela hore re tla atleha ho e hlola.
Bothata bo bong boo re neng re na le bona ke ba hore moo re neng re reka thepa teng ke libakeng tse hole, empa leha ho le joalo re se re entse maoala a hore re fumane two lines of suppliers ea li-passport ekasitana le tsa ID’s, ‘me re na le tumelo e tiileng ea hore haufinyana bothata ba hore passports le ID’s bo fele re tla bo hlola.
Qholotso ea ho qetela ke ea Basotho ba lahlang libukana tsa ho eta ka bongata hoo ba bakang ts’ubuhlellano e sa eeng moriting. Ka nako e ‘ngoe, Bahlomphehi, ha ba li lahle; ka nako e ‘ngoe motho ha a jele matsatsi o e behella koana o tl’o batla e ‘ngoe a sa ele hloko hore hona ka lelibohong ka mane ba tla ‘ne ba tl’o ba fumana hore ba jele matsatsi.
Ka nako e ‘ngoe Lekala la h’eso la Foreign Affairs le se le ile la ’na la etsa mekutu e mengata ea hore re fumane passports tse ngata hona ka mane ka South Africa moo e reng Mosotho le eena ha a ile a raha pokola ebe o siea passport, joale ha a se a sa patale ha a sa ea ho ea e lata. O tlahae monao tl’o tla a batla hore a fuoe e ‘ngoe.
Taba ena e re bakela mathata a maholo. Che, leha ho le joalo ha rea phutha matsoho, re ntse re leka ho bona hore na ebe ke eng eo re ka e etsang ho thibela mathata ana.
Ha ke qetela litaba tsa ka le mpe le ntumelle hore ke tle ke hlalosetse Ntlo ena e Khabane hore re fumane suppliers tseo re buang ka tsona. E ‘ngoe ke ea South Africa, e ‘ngoe ke ea Israel e fanang ka li-passport.
Hantle-ntle ke tle ke hlalose hore Nikufu used to be the middle man, ‘me the real supplier kapa motho ea neng a etsa li-passport ke company e bitsoang HID, eleng eona leha re fumane e ‘ngoe hape in South Africa e bitsoang Shave and Gibson. Shave and Gibsone tl’o re thusa ho fumana li ID, hobane le tsona liID re ne re li fumana from one company in America, ‘me lipakeng tsa eona ho ne ho na le a middle man eo e neng e ntse e le Nikuv, eo re atlehileng ho khaola maqhama ano a bo midde man eaba re se re sebetsa le bona ka mokhoa o direct, ‘me bothata ba rona empa ele hore joale ha re shebile hore re tla fumana from one supplier, ha a na le mathata joale ke mona moo joale le rona re bang le mathata.
Le mpe le ntumelle hore ke amohele hore matsatsinyaneng a seng makae a fetileng ho ile hoa ba le qholotso e kholo ea tlhokahalo ea li-ID moo ho ileng hoa ba le lerata hape hore Basotho ba bile ba robala Liofising tsa rona moo ba lebelletseng ho fumana thuso ea li ID. Li ID motsotsong oa hajoale baheso ba tla nthomella koantsanyane ba teng ka mona hore re ntse re na le stock seo re nahanang hore se sufficient leha re ntse re lebelletse tse ling – re na le li ID tse 124 000, empa hore e be li ID re ile ra ba le mathata a phano ea tsona e ne e le hobane re ne re felletsoe ke likaroloana tse sebelisoang ho etsa li ID joaloka li ribbon le laminating.
Bothata boo re bileng le bona ke bo bakoang ke eona one line of supplier. Nakong eo re etsang order ea li ID selemong se fetileng ha re tla receiver 124 000 re ne re ntse re entse order ea li-consumables, empa our supplier of consumables who is based in South Africa ha ka ba a atleha hore a re etse supply; re ntse re emetse order ea rona – hoo e ileng eare ha re elelloa hore rea felloa re ileng ra tlola matjato ra bona another supplier a ileng a kena lipakeng a re etsa rescue, ‘me le hona joale tjena e ntse e le eena ea re entseng rescue, e ntse e le eena ea re thusang ka li-consumables hore re tle re se ke ra ema.
Motsotsong oa ha joale re ntse re sa fane ka service ea li-ID to the full capacity ka lebaka la hobane re ntse re lebelletse e ‘ngoe ea thepa, e leng tsona li consumables. The minute re qetang ho fumana li-consumables re tla qalella ho thusa sechaba sa Basotho ka lihora tse ekelitsoeng ekasitana le Moqebelo le Sontaha re tla ba thusa.
Re se re ile ra etsa joalo, haeba lea hopola, Bahlomphehi,, hona ha re qeta ho kenya Mokonteraka enoa e mocha, a fumane mechini e na le mathata. Pele ho December mona ho ne ho na le mathata a li ID, empa eile ea re mechini ha e loka feela eaba re re ba sebetse Moqebelo le Sontaha just to curb the backlog e neng e le teng; ‘me le hona nakong ena re ntse re ikemiselitse ho etsa joalo.
E ‘ngoe ea likatleho tseo re lumelang hore re li fihletse ka Lekaleng ke ea hore re boetse re nchafalitse system eo e neng ere ha u etsa application ea Passport, ha Passport ea hao e tsoa ebe u fumana sms e reng Passport ea hao e lokile, (ba tla nthomella koantsanyane haeba hona le e ‘ngoe eo ke e sihileng ba teng ka mona) e le hore, Bahlomphehi, e tle ere ha u ea ka mane ba se ke ba re ke leshano. Ba teng ka mona!
Ka ho fetisisa ke maikemisetso a rona, re kopile from different suppliers kapa from different companies hore ba ke ba re thuse hore re ke re sebelletse hore re fokotse mokoloko ona o bang at the Passport Office mona ho apolaela li Passport.
E leng hore li Passport re ke re li apolaele online, re ke re patale online, o ee li passport just for verification. E leng hore re ithutile hore bothata bo boholo ke chelete ena e fetang lipakeng ka mono, hobane Passport leha e ntse e le teng e le ea hao, u bone hore e teng ,u fumane molaetsa, ha u fihla ka mane u tlameha u k’u sokolisoe hore u ntsé letho hore u tl’u tsebe ho fumana Passport. Re batla ho sebeletsa hore taba eo e ke e fele, hobane ke bomali-mabe bo ts’abehang hore Basotho ba sotle Basotho ba bang, Mosotho a kula, Mosotho a na le mathata a batla ho ea batla mosebetsi, ebe pele a ka fuoa Passport hothoe a ntsé letho feela a se a ntse a patetse. Ke bomali-mabe boo re lekang ka hohle hore re bone hore na re ka bo felisa joang, ‘me re na le tsépo le tumelo e tihileng ea hore haufinyane re tla atleha ho bo hlola, hobane ke sepheo le maikemisetso a ‘Muso oa Lesotho ho bona hore Basotho ba sebeletsoa,
joalo ka ha re tseba hore hore re tle re ee kae kapa kae ka ntle ho naha ea Lesotho re hloka ho sebelisa bukana ena ea ho eta.
Ha hajoale ho ntse ho lokisoa mekhoa e meng e ka bang bobebe ea metsama o lipakeng tsa Linaha tsena tse peli, e leng Lesotho le Afrika Boroa .
Bahlomphehi, ke kopa hore e mpe ebe ha ke buile hakana ke batla ke hlalositse sohle seo ke lumelang hantle hore se khotsofatsa Ntlo ena eso, eseng eona feela empa le sechaba sa Basotho seo ebang se mametse tlhaloso ena ba mpe ba e amohele. Re ntse re sebetsa ka thata ho bona hore re akofisa tsébetso ea rona joaloka Bahlanka.
Kea Leboha.
Mr vVICE-PRESIDENT: Rea leboha Letona le Khabane.
Ke u bone, Dr. Lebese. Ke ne ke mpa ke re feela re salletsoe ke nako e nyane haholo, ke bona eka kaha joale ka 12:00 re lokela re be re le ka mane ka State House re lokela ho tloha mona – ha hothoe re liehile, ho tloha ka five past kapa ka ten to, joale nako ha e sa le eo, joale ke ne ke na le li comments tseo ke nahanang hore li bohlokoa haholo tse amanang le boteng ba Bohlanka ba hao ka koano, Mohlomphehi. .
HON DR. LEBESE: Kea leboha, hle, Ntate Vice-President. Rea leboha, hle, Mohlomphehi Letona, ka ‘nete re leboha ka mehato ena eo u e nkileng, Mohlomphehi, le ho fana ka lipalo-palo tsena.
Empa feela joale ka ‘nete joalo ka ha u supa, Ntate Vice President, rea ipiletsa, hle,Mohlomphehi Letona le Khabane, Bohlanka ba hao ha bo u fe ka letsohong; ha taba e se joalo ka ‘nete ba re bilikisa haholo, ‘me taba eno ha e hlahe hantle sechabeng leha re ntse re tsóere litaba hore, Mohlomphehi Letona le Khabane, u tle ka mona u ts’oere lipampiri u re ke tsena li ka lelibohong ka mona ,feela joale ba sa u hlalosetsa.
Ke thabile haholo, Ntate Vice-President, Mohlomphehi Letona le Khabane u sa tseba hore ho na le li-consumables tse etsang hore ID e be teng .
E leng hore nakong eane e fitileng ba ne ba mo file feela hore ke likutu joale the ribbons and laminating plastic ba sa mo joetsa hore tsona li etsoa kae-kae, ‘me ka ‘nete re ipiletsa ho bona, hle, hore ha taba e le joalo ba ke be ba ile ba mo fa eona hore re fumane li-blank, empa re sa emetse thepa e ‘ngoe.
Taba ena e ka akofisa mosebetsi, ‘me ka ‘nete ke kopa le pele re tloha mona, hle, ka ‘nete ba hlolose ena.Hon. Minister I had a question ka tsona li Passport, Ntate, hore, Mohlomphehi, ha ho qala Passport eba issued feela ba e etsa captureinto the system molaetsa oa raha – e ntse e na le mathata le eona system eno ea rona ka hore lifono li se li fetohile, e mong o lahlile fono – litaba tseno tse ngata!
Ka ‘nete ke kopa hore, Ntate Vice-President, pele Mohlomphehi_ o ne a bile a itse o kopa koantsanyane hore na efela system eno e se ele in force na,e se e ntse e sebetsa hona joale?
Ke ho re ke batla ho khannela mona moo ke reng u buile ka likete tse metso e mehlano ea Lipasa, ‘me re lipaki tsa hao mono, Mohlomphehi; le rona re ile ra li bona, ‘me ra ba ra bona Passport e entsoeng ka 2013,lilemo tse leshome li se li bile li fetile mong’a eona a sa ka a e nka. E ‘ngoe e ne e le ea 2014 le eona ke ea kholoa e felletsoe ke nako.
Re ile ra etsa tlhahiso mona, Mohlomphehi ea hore ho ntse ho etsoa mathathamo a eang literekeng, empa ekare mathathamo ano a ka boela a fetela li ofising tsa local councils, empa joale ra be re sisinya hape hore e ke mathathamo a joalo a ka boela a ea li liofising tsa Marena a Sehlooho e le hona ho phatlalatsa hore the 15 000 eno eo u buang ka eona, Mohlomphehi, e se ke ea e-ba teng ka mono.
Ea ho qetela ke ena, Mohlomphehi, ea National IDs hore li qalile ka selemo sa likete se peli le leshome le metso e meraro, empa tlaleho eo re e fumaneng ke hore selemo sa pele ha re ne re qala re ile ra qala ka ho etsa li National Ids tse 30 000, ‘me palo eno e ile ea hola ea ea ho 60 000, selemong se hlahlamang ea ba e ea ho 100 000. Ha e hloke a rocket scientist, Ntate President, hore ebe Bohlanka ba hao, Hon. Minister, ba se ba ntse ba itukisa accordingly, hobane ba tseba hore haeba ke 2025 – ‘re ile ra etsa 120 000 ea li ID, ‘me li tl’o felloa ke nako’.
Eleng hore ke hore ba etse plan ba ipapisitse le hore na tse tl’o fela selemong sena – _ hona joale I am afraid, Hon. Minister, hore ehlile re se re ntse re le morao, ‘me mathata ano ao u seng u ntse u bua ka ‘ona a ileng a etsahala bekeng e fitileng, ao nkekeng ka kena ho ‘ona hobane u se u a entse acknowledge…
Empa ke ne ke re ha ba na le moralo oa lipalo tseno tseo re li nkileng ho bona ho thusa hore le uena moo u lutseng hona teng ebe u se u ntse u khanna u tseba hore na 2026 ho entsoe tse kae – maybe 200 000!
E leng hore re se re ntse re tl’o ba le li ID tse tl’o fela, joalo-joalo, hofihlela re tsamaea joalo,’me taba ena haeba ba ne ba ka ba u thusa ka eona, Hon. Minister, (ke hore ke ntse ke bua mona ha ke s’o bone koantsanyane e kena) ena ea sms notification Hon. Minister! Ha e eo!
Kea leboha, Ntate Vice-President.
MR VICE-PRESIDENT : Mohlomphehi Letona le Khabane, ke bona eka ha re sa na nako, kahoo ke ne ke kopa hore ke mpe ke fe Morena oa Sehlooho oa Ha Maama a mpe a lahlele oa hae u mpe u li arabe ka bokhuts’oanyane li le peli. ‘Na ke bona eka re ntse re tla u hloka hape-hape bekeng e tlang, haholo hobane boholo ba Lipotso e ne e le tsa hao ka mona, ‘me u tl’o tla u li qetela.
HON SENATOR S. MAAMA: Lipotso tsa ka li ne li le peli feela, Mohlomphehi. E ‘ngoe ke bone eka Dr Lebese o sa e akhetse eo ke neng ke hlaha e ka ba tharollo. Ntate o na buile ka li Passport tseno tse 15 000 tse nang le mashome a itseng ka nq.ane! Ke eane eo Dr. Lebese a e arabetseng, kahoo ha ke sa khutlela ho eona.
Ke ne ke mpa ke ’motsa feela hore na boemong bona ba batho ba felletsoeng ke li ID Letona ha lea fana ka tharollo mono, hore na haeba li felile hona joale tjena mabaka a ka a eme, nkeke ka ea libankeng , nkeke ka ngola liphoofolo tsa ka – joale ke re na Letona le Khabane ha ebile e le ‘Muso ka Lekala la hae le pharalletseng hakana-kana, ke hore ke bona a sitoa joalena ebe a ke ke a buisana le libanka le batho bohle kaofela ka makala ‘ohle a ‘Muso hore joale re na le bothata ba li ID ke bona?
Ka mantsoe a mang batho bohle ba ntseng ba felletsoe ke liID tseno tse seng li se nakong re kopa hore le nne le tsoele pele le li amohele le thuse Sechaba, e le hore nakong eane eo eena a itlhopileng e be e le hona joale a ka boetseng a chencha lengolo lane hape hape leo a neng a le entse hore li id lia fumaneha, e le hore litaba tsena li se ke tsa emisa bophelo ba sechaba ba letsatsi le leng le le leng?
Kea kholoa litaba tsa ka li fella mono,kea leboha, Mohlomphehi.
HON. L. LEPHEMA (Minister of Home Affairs): Kea leboha, Ntate Vice-President.
Ke mpe ke re feela ho Dr. Lebese, kea leboha ka tlatsetso eo u faneng ka eona. Ke mpe ke tsepise feela hore, Ntate, leha ele mona ba sa mpha koantsanyane, kea kholoa ba utloile hore ke ntse ke beha litaba tsa bona ka mokhoa o nepahetseng.
Kea kholoa ke hlalositse hore stock in hand re na le 124,000, ‘me in this new Budget re tl’o boela re reka tse ling. Ke ho bolelang hore with the IDs (Identity Documents) we are covered. Empa over and above, boeletsi kapa boikeletso bo teng boo re ntseng re kena ho bona ke ho fihlela ho tla etsa li-digital ID. Re na le ts’episo ea ‘Muso oa India o lakatsang ho tla tla etsa launch kapa ho tla tla re thusa ho etsa the digital ID, ‘me ka morao hore ebe ba e ntse the pilot project, then re tl’a be re se re sebetsa with the digital ID. Le eona ka mokhoa o ts’oanang re ntse re leka hore re tl’o tla re sheba hore na how are we going to cope with it ka system e ncha, eo re ntseng re buisana le ‘Muso oa South Africa with the new migration model oo re lakatsang ho fihlela boemong ba hore, ha u ts’ela ka lelibohong re tle re eme hanyane ka passport, re tle re bue ka ID joalokaha Letona la Machabeng le buile hore re lebelletse hore latest by September the Study will be completed e le hore re tl’o bona hore na re etsa joang hore re qala ho bebofatsa mokhoa oa ho feta lelibohong.
Re se re ile ra ka ra etsa boithuto ba hore na what is it that can be best for us hore re sebetse ka ntho eo ho thoeng ke one stop border, ‘me e ile ea sebetsa. Bao e bang mohlomong ba ile ba feta nakong eno eo mohlanka oa lelibohong oa Africa Borwa a neng a lutse ka ofising e le ‘ngoe le oa Lesotho ba bone na lintho li ne li tsamaea habobebe hakae!
Ke tse ling tsa lintho tseo re ntseng re li etsa, ‘me ha re ntse re ea li-ID re ntse re sheba hore na re tl’o qetella re fihletse hore re etse ID ea mofuta ofe hore ntho e ‘ngoe le ‘ngoe e tle e tsebe hore e tsamaee. Empa ha hajoale re bile le bothata bono feela ba hore ebe re ile ra shota ka the consumables but li-ID tsona ka ‘nete ba na le tsona. Ba ngotse mona, ba itlamme, ba teng ka mona, ba ke be ba u joetsa ntho e fapaneng ha u fihla ka mane, hobane ke na le bona letsatsing lena.
Potsong ea hore na hoban’eng ha ho sa etsoe tokomane ea hore ha ID e felile ebe ho etsoa lengolo hore batho ba ‘ne ba thusehe, ke re ka ‘nete taba ena e ile ea buua nako e telele haholo ka Ntlong eane ea Bakhethoa ba Sechaba, moo ho neng ho na le Ts’isinyo (Motion) oa hore ID e se ke ea fela. Empa ho ile hoa bonahala ho na le Molao o kekeng oa ntumella hore nka etsa sephepheshana hore motho a ‘ne a sebeletsoe ha karete ea ID e felile. Empa ke boela ke etsa boitlamo ba hore re tla etsa sohle se matleng, ho re hona joale tjena stock level se phahame, of which (ba tla nts’oaea mohlare) re lebelletse tsona li-consumable tseno.
[HON. SENATOR K. L. K. THEKO: U mong ka mona, Honourable Minister!
HON. L. LEPHEMA (Minister of Home Affairs): Ae, ba teng ka mona, ba bangata!
Re lebelletse tsona li-consumable tseno, ‘me in the next 2 weeks or 3 re tl’a be re na le stock se sufficient hore re ka sebetsa lihora tse ekelelitsoeng le ka weekend ho bona hore na re khahlametsa taba eno joang.
[lerata]
Taba ena e bohlokoa ena haholo, hobane, Bahlomphehi, maobane ka Ntlong eane ea Bakhethoa ba Sechaba ho bile le concern ka se seng sa Litho tse Khabane, ea hore re na le Basotho ba bangata ba tl’o tla ba etsa li-application for mosebetsi oa hoba masole, ‘me hore ba etse joalo ba tlameha hore ba be le litokomane. Re eme ka matla hore re bone hore nako eo ha e fihla batho bano ba tla khona ho thusoa joang kapa joang.
Kea leboha, Mr. Vice-President.
[liatla]
MR. VICE PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane. Rea leboha ka Likarabo tsena. ‘Nete e salang ke hore ke sure hore lipotso li tlanne li be ngata tsa Litho tse Khabane, empa e le hore feela nako ha e ka lehlakoreng la rona.
Mohlomphehi Letona le Khabane Ntate Maqelepo, ke fumane ngongoreho ea hau, Ntate. Taba eno ea hau re tla bona hore na re e etsa address joang, re e utloile, Ntate!
Ke ne ke re ke u tsebise hore e fihlile. Re tla bona hore na re lokisa joang hore kamoso litaba li tle li tsamaee ka thello.
Ke ne ke mpa ke re, Litho tse Khabane, joalo kaha ke ile ka hlalosa qalong hore ka hora ea leshome le metso e ‘meli re lebelletsoe hore ra be re le ka mane ka State House, Kopanong ea rona le Mohlomphehi Tona-Kholo, eseng ebe e le hona re fihlang – ka lebaka lena ke tla kopa tumello ea hore re tle re phomotse Ntlo ho fihlella hosane.
Hothoe ke mohetene ke lebetse le hore hosane ke Nyolohelo (Ascension Day). Re tla phomotsa Ntlo ho fihlella ka Labobeli ha hora ea Leshome e fetile ka metsotso e mashome a mararo hoseng (10:30a.m.).
ADJOURNMENT
There being no further Business on the Order Paper, Mr Vice President adjourned the House without question put, pursuant Standing Order No. 16(3).
House accordingly adjourned at 11:54a.m