PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO
SENATE CHAMBER
Tuesday, 14th May, 2019
The House assembled at 10:30 a.m.
(MR VICE-PRESIDENT in the Chair)
PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer
ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR
MR VICE-PRESIDENT: Kea lumelisa, Litho tse Khabane, hoseng hoa kajeno.
Litsebiso tsa Labobeli la la 14 Mots’eanong, 2019:
- Letsatsing lena ha Ntlo e phomola, Komiti ea Boits’oaro le Litokelo e tla kopana ka Ntlong ka mona.
- Ho ntse ho etsoa litokiso ‘me ho lebelletsoe Letona le Khabane la Lichelete ho tla re tsamaisetsa Lits’oants’o tsa Molao tse amanang le lichelete tse fetileng tsa tlatsetso.
- Ho boetse ho ntse ho etsoa litlhophiso hore lona Letona le Khabane la Lekala la Lichelete le tl’o ba teng ho re tsamaisetsa Pension Fund Bill, 2018.
- Re tsebisa Litho tse Ncha tsa Ntlo hore re na le morero oa ho ba hlophisetsa thupelo e khuts’oanyane e holim’a tsamaiso ka Ntlong ea Mahosana.
E-ee, litsebiso tsa rona li fella hakaalo, ‘me li bile li re fihlisa pheletsong ea mosebetsi oa rona oa letsatsi lena.
The House is adjourned ho fihlela hosane, hoseng ha hora ea leshome e fetile ka metsotso e mashome a mararo.
ADJOURNMENT
Thereupon, Mr. Vice President adjourned the House without Question put, pursuant to Standing Order NO.16 (3).
The House was accordingly adjourned at 10:42 a.m.
