PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO
SENATE CHAMBER
Tuesday, 26th May, 2020
The House assembled at 10:30 a.m.
(MR. VICE-PRESIDENT in the Chair)
PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer
ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR
MR. VICE-PRESIDENT: Kea le lumelisa, Litho tse Khabane, hoseng hona. Re boela re kopana kamor’a phomolo e khuts’oanyane eo ka eona ho neng ho lokisetsoa hore ho thehoe ‘Muso o mocha, ‘me Setulo se nka monyetla ona ho lebohela Lesotho le Basotho ka phapanyetsano ea matla e se nang ts’ollo ea mali, e etsahetseng ka khotso.
Setulo se boela se nka monyetla oa ho lebohela Mohlomphehi Tona-Kholo Dr. Moeketsi Majoro ka Tulo e ncha eo a e filoeng le Lekhotla la hae la Matona. ‘Me ba tobane le mosebetsi o matla haholo oa ho tla ntlafatsa le ho isa lits’ebeletso ho sechaba sa Basotho ka nako ena e setseng ea Paramente ena ea Leshome, ‘me re se re ipiletsa re re Morena Molimo A tla ke A ba nyanyeletse, A ba fe bohlale ba ‘nete ba hore ba tla ke ba tsebe hore ba phethahatse joalokaha ho lebelletsoe.
Ke boele ke nke monyetla ona ho lebohela Mohlomphehi Tona-Kholo ea mehleng Ntate Thabane ka hore o ile a fuoa Puso, ea e-ba motlotsuoa naheng ena ea Lesotho ‘me a etella pele ‘Muso oa Motlotlehi hofihlela mona moo a theohang hona teng, a e ea phomolong. Litaba tsa hae li fetile ka khotso, ‘me taba eno e bolela ho Dr. Majoro hore sesiu se eketsehile Lesotho mona sa Litona-Kholo tsa mehleng ahoo, o tla tseba hore a be le batho ba bangata ba ka tsebang hore ba mo eletse hore na litaba tsa puso li ka tsamaea ka mokhoa ofeng, hobane joale re se re na le Litona-Kholo tsa mehleng e leng Dr. Mosisili le Dr. Thabane.
Litho tse Khabane, ke boele ke nke monyetla ho lebohela Setho se Khabane,Ntate Mosenene ka thomo e ncha eo a e filoeng ke Rabasotho, ea hore joale o khethetsoe ho ba Lekhotleng la Matona.
Ke qetella litaba tsa ka ka hore re amoheleng ka mofuthu Litho tse latelang:
1. Senator Rapapa
2. Senator Liholo
3. Senator AU; le
4. Senator Hloaele
Bao e ne e ntse e le Litho tsa Lekhotla la Matona, empa kajeno lena joale e se e le Litho ka koano, e seng Litho tsa Matona. Taba ena e bohlokoa ho ’na hobane kea tseba hore e ne e se e ntse e etsa lipuo tse ngata ho batho ba bang hore na e ntse e le Litho tsa Ntlo na? Joale ke hlile ke tiisa taba ea hore e ntse e le Litho tsa Ntlo hobane le pele e-ba Litho tsa Lekhotla la Matona e ne ntse e le Litho tsa Ntlo ena.
Re na le litsebiso tse latelang;
- Litho tse Khabane, kajeno ha Ntlo e phomola, Litho tse Khabane tsa Ethics Committee li kopuoa ho kopana hona ka mona ka Senate Chamber ho tla amohela tlaleho ea Mongoli.
- Ha e le hosane, Laboraro la La 27 Mots’eanong, 2020, le Labone la La 28 Mots’eanong, 2020, ka tatellano, Komiti ea Litletlebo (Petitions Committee) e tla kopana ho tla qetela ts’ebetso ea eona holim’a sello sa mokhatlo oa Blue Cross ka Lekala la tsa Bophelo. Kopano ena e tla ts’oareloa hona ka mona ka Senate Chamber hang ha Ntlo e phomola.
Re fihla pheletsong ea mosebetsi oa rona oa letsatsi lena, Litho tse Khabane. Ntlo e tla phomola hofihlela hosane, Laboraro la La 27 Mots’eanong, 2020, ha hora ea leshome e fetile ka metsotso e mashome a mararo hoseng.
The House is adjourned.
ADJOURNMENT
Thereupon, Mr. Vice-President Adjourned the House without Question put, Pursuant to the Standing Order No.16(3). The House was accordingly adjourned at 10:35 a.m.
