28 MAY 2020 COMPLETE HANSARD

PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO

SENATE CHAMBER

THURSDAY 28th MAY, 2020

The House assembled at 10:30 a.m.

(MR. VICE-PRESIDENT, in the Chair)

PRAYER

The Chaplain led the House in Prayer.

ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR

MR. VICE-PRESIDENT: Kea le lumelisa Litho tse Khabane hoseng hoa letsatsi lena. Litsebiso tsa Labone la 28 Motšeanong, 2020.

  • Litho tse Khabane tsa Petition’s Committee li hopotsoa hore kopano e neng e reretsoe hoba kajeno e ntse e tsoela pele hona ka mona ka chamber ha Ntlo e phomola. Sepheo sa kopano e ntse e le ho tla tšohla litaba tsa tletlebo ea Blue Cross ka Lekala la Bophelo.
  • Kajeno Litho tse Khabane re tlilo hlapants’a Setho se secha, eleng Professor Mahao. ‘Me ke kopa a latoe. Ebe Litho tse peli tse tlang ho mo lata ka ofising ea ‘me’ Makhotso ka moo beng ba ka.

 ‘The Swearing In of Professor Nqosa Mahao’!

MR. VICE-PRESIDENT: Re ka bontša Setho se Khabane Honourable Professor Nqosa Mahao Setulo sa hae. Ha re mo  leboheleng Litho tse Khabane.

Professor rea u leboha, ntate, ‘me ho tloha letsatsing lena u so tla bitsoa Honourable Professor Mahao. Ntho eo taba eno e bolelang, ntate, ke ho bontša hore feela joale you will do honourable things. Say honourable things, hobane joale u se u bitsoa ka tsela eno. ‘Me ntate ke lokela hore ke cho hore ke tlotla e kholo ho ba le motho oa litsebo tsa hau. ‘Me taba eno e tla tla e thusa le Ntlo ena le Setulo hore ka litsebo lemaiphihlelo a mang ao u nang le ‘ona a tlo re thusa re le Ntlo hobane le mafapheng a fapakaneng moo u sebelitseng teng u tsebile ho thusa ka litsela tse fapakaneng, ‘me rea u lebohela, ntate. Litho tse Khabane le ka bua. Mohlomphehi Tona Kholo, re u hlokometse, ntate, re lebohetse boteng ba hau. Morenaoa ka oa Likhoele.

HON. SENATOR L. L. SEEISO: Mohlomphehi Motlatsi oa President, Mohlomphehi Tona Kholo, Litho tse Khabane, baeti ba rona ba teng ka koano ho kenyelletsa batho ba media. Mosotho oa pele o na sa fose ha a re hore ebe o ka bopa nkho, ee e hloke hore u nke litlhajoa tsa khale, hore o tsebe ho bopa nkho e thata pele o ka e besa. Litlhajoa ke makumane a nkho ea letsopa eo ekabang e ile ea pshatleha joale ebe lia siloa ebe li kopanngoa le letsopa le lecha.

Ka mokhoa o tšoanang, le bophelo ba Basotho, Basotho ba ne ba sebelisa koae ea mohlothi. Ebe ho thoe e tla kopanngoa nqá e ngoe ene ekaba lekhala ele hore koae eno e joalo e tle e tsebe ho ba bohale. Re kopa re lebohe re le Ntlo ena hore ebe Mohlomphehi Tona Kholo o ile a khahloa hore a re ekelletse ka motho oa makhabane ekareng a Professor Nqosa Leuta Mahao.

Boteng ba hae ka mona ke nka e tlo tla ba ho tlatsetsa Litho tse Khabane. Ke ntse ke nka hore ho na le moo qetellong ea qetello ha ‘mela o ntse o puta, re tla re tobane le litaba tsa Tlhopho- Bocha. Eo kae-kae bang ha re bona re re; re ka lakatsa Ntlo ena ha e ka ahoa kapa ea kenyelletsoa ka batho bao re ka nkang ele ba mafapha a mangata a bophelo kapa batho bao re ka reng ke li – interest groups. Hore na ekaba batho ba nang le thahasello litabeng tsa temo, ebe litsebi tsa molao, ebe karolo ea bacha. Ebe ho kenyelletsa batho ba bo ‘me’ hobane haele ‘nete Matlong a na a mabeli a Paramente Litho boholo ke batho ba batona.

‘Me ke nka hore hona joale tjena lefatšeng le teng re se re batla re le motsana ka hore ho bonahale batho ba bo ‘me’ ba kenya letsoho kapa ba etsa participate nthleng ea hore Liparamente li hole. Kea kholoa, Mohlomphehi, ha ke behile ha kana re kopa hore re amohele Setho joalokaha ebile u bile u behile ka makhethe, ntate, hore ho tlo ho bonahale ka mekhoa le ka liketso hore o kene ka hara Ntlo ena. ‘Me ha ke behile hakana, ntate, ke kopa ke kokobele

Kea Leboha.

MR. VICE PRESIDENT: Morena oa Leribe.

HON. SENATOR J. A. MOTŠOENE: Ha ke u Lebohe, Mohlomphehi Motlatsi oa Madam President. Ke hlomphe The Honourable Prime Minister ka boteng ba hae kahara rona. Ke hlomphe Tafole ea hau, ke hlomphe Litho tse Khabane. Mohlomphehi, ke ema mona le ‘na ho thoholetsa boteng ba Mohlomphehi Professor Mahao ka hare ho Ntlo ena ele Setho. ‘Me kanete hona le taba eo ke e ratileng haholo ha a hlapanya hore o tla hlompha Molao oa Motheo le Melao e meng, empa ka sehlohlolong Ntate Rabasotho le ‘Muso oa Motlotlehi Khosi Letsie la Boraro.

Mohlomphehi, ke tloaelo ea rona re le Litho ho hlapanya ka sebopeho sena seo Professor a qetang ho hlapanya ka sona. Empa ere ha re tsoela pele tšebetsong, ebe joale ho fapana thapelo e mona eo re eng re e etse ka mona ea hore re tla lahlela hole le rona lithato tsa lipelo tsa rona, boikhohomoso le boitšepi ebe ke tsona tseo re li behang ka pele. Professor, Mohlomphehi Professor, u tlo sebetsa le batho ba bangata, baeta-pele ka libopeho tsa bona tse fapakaneng.

‘Me kannete ho latela calibre eo re e tsebang boholo ba rona re le Basotho, kapa re le Litho tsa Ntlo ena, ekaba thuso e kholo ho sechaba sa Basotho ha u ka sebetsa u thusa Puso ka ‘Muso o litulong ka litsebo tsa hau molemong oa sechaba sa Basotho. Mohlomphehi Motlatsi oa Madam President, re le baeta-pele ka hare ho Ntlo ena, re le Litho tsa Ntlo ena. Ke tebello ea Basotho hore re sebeletse litabatabelo tsa bona le boiketlo ba bona. ‘Me ekaba hantle ha re ntse re thola batho kapa Litho tsa sebopeho sena seo ekang sa Professor le tse ling tse ngata tse ka thoko tse tla thusa ho matlafatsa Ntlo ena.

Sesotho se re “mabele a tlaleng a bofshoa ka tse meja” ke tebello ea rona, Mohlomphehi, hore ebe ha re ntse re ba le Litho ka hare ho Ntlo ena, ebe Litho tseo e tla re ha Ntlo e bua litaba tsa sechaba sa Basotho, ra be re tseba hore moo ba utloang ekare rea siea, ba be ba tlatsa ka hore ho lokisoe ntlafalo ea bophelo ba Basotho. Mohlomphehi, ke tšoere tokomane mona, Professor kea tseba ba e tseba Litho tse Khabane ekasitana le Setho seo re qetang ho hlapanya sea tseba ka tokomane ena.

Ena le likateng tokomane ena, eo Puso e teng hona joale, e e tekenetseng kapa e itlammeng hore re tla etsa tjena, re tla etsa tjena. Empa ekaba tšoabo ea rona haholo, Mohlomphehi, ha re ka fumana hore tsena tseo ba li tekenetseng, tse ngotsoeng kahara tokomane ena ha se litaba tseo ba li phelang, ba li etsetsang Basotho, molemong oa Basotho. Mohlomphehi, re phela nakong eo re reng ke ea Democracy, Puso ea Sechaba ka Sechaba Molemong oa Sechaba. Hee rea le siea lentsoe leno la Molemong oa Sechaba.

Kannete tokomane ho latela tsela eo e ngotsoeng ka eona, motho hau ntse u e shalima ho tloha serapeng sa pele. Kannete e buile ka litaba tse ngata, ka ho tetema ha Puso ea Sechaba ka Sechaba, ka ho tetema ha Moruo oa Naha le ka ho fetola libopeho tsa rona re le Baeta-Pele, ekaba boitšoaro tšebetsong ea rona le hore re kenyelletse bohle ba amehang eleng Basotho. Mohlomphehi ‘na kannete litaba tse ka mona ekaba takatso ea rona ho bona Lesotho le etelloa pele ke batho bao ba nang le lerato ho naha ea habo bona, eleng naha ena ea Lesotho. Mohlomphehi, ha re bua ka ho ba le lerato ho naha, ha se ho bolela lintho tse ngata, ha ese ho rata ha ntlafalo e ba teng ka litsela tsohle. Re natefeloa ke ho phela ka hara naha ena re le sechaba sa Basotho. ‘Me motho ha u ntseu bua litaba tsena ke ntse ke re Professor Mahao re tšepa boteng ba hae ka mona horeho tse ling tsa litaba tse bonahalang eka re sekisetsa Sechaba sa Basotho re le Baeta-pele, o tla fana ka boeletsi Pusong, joalo ka ha e le ts’ebetso e kholo kapa ea mantlha ea ts’ebetso ena ea hore re be bo-‘mesa-mohloane tsamaisong ea puso.

Ka ’nete motho ha u battle le ho ea lololo, ke siele Litho tse ling tsa haeso. 

Ka mantsoe ana, Mohlomphehi, ke mpa ke bua hore re amohela Professor,., ekare a ka sebetsa ka ponaletso, a lahlela hole le eena lithato tsa pelo ea hae, joaleo ka ha ba bang ba rona re ka kenyang taba eno ea ho lahlela hole le rona lithato tsa lipelo tsa rona, ‘me re sebeletse sechaba sa Basotho ka toka le ka ponaletso, haholo ha se re ts’epile.

Ka mantsoe ana, Mohlomphehi, kea leboha…(LITLATSE)…

HON. SENATOR N. RAPAPA:  Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli ka sebaka seo u mphang sona.  Ke hlomphe le Mohlomphehi Tona-Kholo ka boteng ba hae koano.  Ka ’nete re leboha haholo, re thabile haholo, ‘me ke ema mona le ho hlompha Litho tse Khabane le Tafole ea hau.  Ke lebohele ka tsela e khethehileng Professor Mahao ha e le mona e tl’o ba karolo ea ho ba Setho sa Senate, ‘me litebello tse kholo tsa rona re le Litho le sechaba kaofela ke hore o tla tla tlatsetsa hore litaba tsa puso li tle li tsamaee hantle.

E ‘ngoe eo ke e kopang ho eena e le Setho se secha sa Senate ke hore, ka nako e ‘ngoe ha Litho li sa shebele ‘moho, taba eno e ntse e le bohlokoa hobane e thusa hore re utloisisane ka mahlakore kaofela.  E leng ho re e tla ba karolo ea litaba tseno, ‘me taba e kholo e tla re thusa ke hore le eena a tle a sebelise bohlale ba hae hore a shebe litaba ka mahlakore ‘ohle kaofela, ho se lits’ekamelo tsa mofuta ofe kapa ofe, ‘me taba eno e tla re thusa re le Litho tsa Senate le puso.

Taba e ‘ngoe e kholo e buuiloeng mona haholo ke hore re na le leeto le le lelele haholo, ‘me ekaba bohlokoa hore Professor. ha e le mona a se a la teng, ‘me le boteng ba Mohlomphehi Tona-Kholo, re ke re bone naheng ena ea Lesotho bana aba Basotho le sechaba sa Basotho ba natefeloa ke naha ea habo bona.  Ka ho ts’oana le baetapele ka mefuta eohle re ke re bone ba natefeloa ke naha ea habo bona., ‘me

Kkea kholoa ka ho cho joalo ke hore ‘Muso o tl’o sireletse sechaba le baetapele ka ho ts’oana, ho se khethollo ea mofuta ofe kapa ofe, ‘me ka’nnete rea mo lebohela ha e le mona e se e le karolo ea Senate kajeno.  Re mo lakaletsa katleho, ‘me re tla sebetsa hantle, le moo re sa shebeleng ‘moho re amohelane hore ha re shebele ‘moho, molemong oa hore re tle re qetelle re nepile.

Ka ho cho joalo ka’nnete kea u lebohela haholo, ‘me re na le leeto le le lelele leo re ileng ra ba le lona ho fihlela koano, ‘me rea leboha, Ntate, re u amohela ka matsoho a mabeli. 

Kea leboha…(LITLATSE)…

HON. SENATOR M. LEBESA: Ntate Vice-President, u ntumelle ke u hlomphe, ke hlomphe Mohlomphehi Tona-Kholo ea teng ka koano kajeno, ke hlomphe Mohlomphehi Letona la Puso ea Libaka, o teng hona ka mona Sam Rapapa, Litho tse Khabane le lona ke le hlomphe Bahlomphehi. 

Ntumelle kajeno, Ntate Vice-President, ke hlomphe Setho se Khabane se qetang ho nka kano, e leng Mohlomphehi Professor Nqosa Mahao, ke be ke mo lebohele letsatsing la kajeno ha e le mona e ba Setho se secha sa Ntlo ea Senate.

Litebello li se li behiloe ke Litho tse Khabane tse seng li buile pele ho ‘na mona hore tebello ea bona e kholo ke ho tla tlatsetsa khoa litsebo tsa hae tseo a nang le tsona ts’ebetsong ka koano ka Ntlong ka ha mosebetsi oa Ntlo ea Senate o moholo ke ho etsetsa naha ea Lesotho melao.

Taba ea bohlokoa e kholo ha ke u lebohela, Professor Nqosa Mahao, leeto la ts’ebetso leo re leng re leng ka hare ho lona re le naha ke taba ena ea Tlhopho-Bocha.  Taba ea bobeli e kholo eo sechaba se e lebeletseng ke phano ea lits’ebeletso kapa bosebeletsi.  Phano ea lits’ebeletso maphelong a sechaba ke tokelo, ha se favour, ehlile e ea tlama hore re le Ntlo ea Senate, ka ha mosebetsi oa rona o moholo ke ho soaea ‘Muso mohloare, kapa ho eletsa ‘Muso, re bone hore lits’ebeletso tse isoang ho sechaba eba lits’ebeletso tsa ‘nete, e se ke be eaba lits’ebeletso feela, empa ebe tse tsoileng matsoho.

Ke tumelo ea ka e kholo ea hore boteng ba hao le tlatsetso ea hao ka koano, e tla ba kholo litabeng tse joalo, haholo-holo tabeng ea…ea sechaba, hobane ‘na le uena rea tseba hore sechaba se ka boela sa u fa, sa u khutlisetsa kapa sa u tlosa…boemong ba puso ha se ile sa u fa monyetla., ‘Nntho e ‘ngoe kapa pheko e ‘ngoe feela qha!, ke ho re ho sechaba, ke phano ea lits’ebeletso, ha ho na letho leo sechaba sena sa Basotho se re kolotang sona, kapa re ba kolotong sona ha e se feela taba ea phano ea lits’ebeletso tse tsoileng matsoho.

Ka mantsoe ana le a mang, Ntate, ke lumela hore u tla ts’oara ka matla joaleo ka ha u se u le e meja litabeng tsa mekhahlelo e fapakaneng bosebeletsing ba naha ena ea Lesotho, ‘me re tla tsamaisana ‘moho le uena leetong la ts’ebetso ka Ntlong ka koano.

Ka mantsoe ana, Ntate, kea u lebohela ha e le mona re kena khabong le uena, u fetoha Setho se secha letsatsing la kajeno.  Kea leboha, Ntate Vice-President, ke se ke ka tloha ka khotsa ho hong hoa lentsoe le leng eaba kea le bua ka mon a ka Ntlong.  Kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT:  Order…(LITLATSE)…  Morena oa ka oa Tajane. 

Ke u hlokometse ‘M’e Mofumahali, ke tla u fa, e tla ba uena ‘M’e ‘Masebatana kamorao.

HON. SENATOR M. T. MOHALE:  Kea leboha hle, Ntate Motlatsi oa Mookameli.  Ke lebohe Tona-Kholo ea rona e ncha ka boteng ba h ae, ke leboha le lona Litho tse Khabane tsa Ntlo.  Ntate Mahao, u kena ka Senateng nakong eo sechaba sa Basotho se khathetseng matla ke babusi ba naha ena, ‘me ka hona, Ntate, litebello tsa sechaba sa Basotho ho uena li kholo. Re tseba maputulo a hao hohle moo u sebelitseng teng, Ntate, ‘me thapeli ea rona ho uena ke hore re kopa u tsoele pele joalo ka hohle moo u sebelitseng teng. 

Re kopa re le Ntlo ea Senate hore bosebeletsing ba sechaba joaloka kamehla u itebale, u hopole sechaba sa Basotho pele.  U hopole hore ka Ntlong ena ea Senate u tletse feela bosedbeletsi molemong oa sechaba sa Basotho.

U’a tseba, Ntate, na ho alosa sechaba ke ntho e kae.  U’a tseba na bothata boo u tl’o kopana le bona ke ba mofuta ofe, moo sechaba se tla batla hore u phethe litakatso tsa sona, ho feta ho aba toka.  Joale kamehla, Ntate, re tla kopa hore bosebeletsing ba hao ba sechaba, ha u aba toka, u hopole Basotho, u hopole Lesotho.

Ka hona joaleo ka ha re tseba hore u Mokreste, re tla u fa molaetsa kapa thomo ea hore Bibeleng u shebe Baromna Chapter 12, ‘me ha u e sheba e u bonts’a botho ba hao le boikarabello ba hao u le motho, moo u tla ‘n’o nke thomo ea ha o ho Morena Molimo, moo ha u nka thomo ea hao, u aba toka, u hopolang hore Morena Molimo ke eena ea u fileng bophelo, ke eena ea tla ‘ne a u fe matla.

Ka mantsoe ana, Ntate, rea u lebohela.  Re se re re leetong lena le thata leo u tobaneng le lona, e se eka Morena Molimo a ka u jara, a u pepa.  Rea u lebohela, Ntate…(LITLATSE)…

HON. SEANATOR M. SEBATANAa:  Kea leboha le ‘na, Ntate Vice-President.  Ke u hlomphe Ntate Tona-Kholo ea rona e teng koano, ke hlomphe Letona la rona la Puso ea Libaka, Ntate Sam Rapapa le eena Honourable Mosenene ea sieo ka mona, rea mo lebohela le eena mono moo a filoeng thomo, a ne a na le rona ka koano ka Ntlong ea Senate. 

Ke tl’o lebohela Ntate Mahao.  Ke re, Ntate, rea u lebohela leetong le le lelele leo u ileng ua le tsamaea la bophelo, u tl’o qetella ka koano.  Mesebetsi ea hao rea e tseba, Ntate, ‘me re lebelletse ka ts’epo hore boteng ba hao ka hare ho Ntlo ena e Khabane, e tle e re ha re bua ka uena, re re re kile ra ba le motho oa boemo ba hao. 

Morena oa ka oa Tajane o qeta ho bua joalo ka ngoana oa mokreste a u laea, hore ka linako tsohle ha u tl’o aba toka, kappa u thulana le boima, u kene lekunutung u kope Ntate Molimo, hobane rona batho ba lefats’e re tla u khelosa.

Ka hona ke re, Ntate oa ka, uena joale ebile u kena ka mona u le boemong bane boo ho thoeng u Motlatsi oa Moetapele oa puso ena e ncha-ncha pele.  Ha rea lebella hore litaba tsena tse ka hare ho Coalition Government, ebe e tla be e le uena ka pele u re ha u’a rerisoa.  Ha rea lebella ho bona re le Ntlo ena e Khabane, hore re tl’o rehoa mabitso ka lebaka la hao, Ntate. 

Ka hona ke re ho uena, litaba tse ngata bo-Ntate le bo-‘M’e ba se ba li buile.  Mohlomphehi, re lebeletse ka ts’epo hore ha re sa tla utloa, ‘ha rea rerisoa’.  Ikokotlele ka Lengolo, ‘na kea tseba hore u Mokh’atholiki.  Kamehla eohle, Ntate, hle, oele, rea kopa rea rapela re le Ntlo ena e Khabane, re re, Ntate, ho thoe Ntlo ena ke eona ntlo e kholo.  Ha u fihla moo u il’o lula sekhutloaneng, u k’o e shebe feela, Ntate, Ntlo ena eo u tl’o nka kano ka hare ho eona hore na ke Ntlo ea sebopeho sa mofuta ofe, feela ho thoe ke Ntlo e kholo.  U qale u e’o sheba hore na Matlo ana ha ho thoe ke Matlo a mabeli a ketsa- molao, u shebe ena, u sheba Ntlo eane e ka holimo ho thaba.  U tl’o shebea lits’ebeletso feela tsa eona hore na ehlile ke tsona lits’ebeletso tse bonts’ang hore Ntlo ena ke eona Ntlo e kholo ea ketsa-molao.

Ea ho qetela, Ntate, e tle e se ke eaba haeba u tl’o fuoa thomo ho e a pele ke Mohlomphehi Tona-Kholo, ha re se re re, ‘helang Mohlomphehi Nqosa ak’u tl’o re joetsa hore na ka pusong ho nts’o etsoa’ng,’ eaba u re, ‘ke phathahane’.  Ba bangata ba ile ba kena, ebile ba itsoetse ba sa tle ka mona.

Ha ke buile hakana, ke re, Ntate, re lebeletse ka ts’epo hore u tla hlakola limpe le lipuo tse buuoang ka ntle ka Ntlo ena e kholo.  Ka’nnete ha ke buile hakana, ke re kea u lebohela, Ntate, tsa maea u eoo phetha mosebetsi…(LITLATSE)…

MR. VICE-PRESIDENT:  Rea leboha, Litho tse Khabane. Ke ne ke re ke le Setulo, Mohlomphehi Tona-Kholo, u le teng le uena, Ntate, ke mpe ke etse taba ea hore sa hole se chekoa mohla lets’olo.  Ke se ke bile ke ntse ke bua le uena Professor.  ‘M’e ‘Masebatana o qeta ho e thetsa taba eo hanyenyane. 

Ha ho ka hoa khahla Mohlomphehi Tona-Kholo, Ntate, hore u be karolo ea Lekhotla la hae la Matona, u tl’o ‘n’o hopole hore thotobolo ea mokhubu oa hao e ka mona.  Ke leka hore, Ntate, ha u fumane nako ka hare ho mosebetsi oa hao o mongata, u ‘n’o tle koano.

Mohlomphehi Tona-Kholo, ke kopa ho etsa kopo-taelo, Ntate.  Re na le qholotso re le Ntlo ena, ea hore Litho tsa Lekhotla la hao la Matona, ha li arabe lipotso ha li botsitsoe ka Ntlong ka mona, ‘me taba eno e re etsisa mosebetsi o bohlasoa.

E ‘ngoe hape, Ntate, re shebeletse ka nako e telele, ka mesarelo e meholo ha Bahlomphehi Matona le lona le le Litona-Kholo, kapa le uena u le Tona-Kholo, ha ho etsoa Sstatements, li etsoa feel a ka Lekhotleng la Bakhethoa, joaleo ka ha eka ka mona ha re karolo ea Paramente.

Ka’nnete, Ntate, ke le Setulo, ke kopa hore u sa fihla feela, re se re kopa, re ipiletsa hore e ke mpe ebe ke e ‘ngoe ea mabatha ao re ileng ra a hlokomela, ao u ka lekang hore a tla ke a otlolohe, Ntate, hobane Paramente ena ea Lesotho mona ke Matlo a mabeli, ‘me ha ho etsoa ntho e amang sechaba ka holimo ka mane ke Letona, re lebeletse hore ka mona le teng ho tl’o etsoa ntho e ts’oanang.

Once again, Ntate, rea u lebohela le uena, Mohlomphehi, ka mosebetsi oo o u filoeng, o boima, ‘me Litho tse Khabane li se li buile hore tebello e kholo hole uena, Professor, ke hore re tl’o sebeletsang sechaba sa Basotho.  I am not saying the other House is not sober, but this one is sober than that one, ‘me taba eno ka boeona feela e na le ntho eo e e bolelang, ‘me let us try to maintain and sustain that.

Setho se Khabane ‘M’e ‘Makholu, u ea kae weekend ee ha u le bohale hakaale?

The House is adjourned, ho fihlela ka Labobeli ha hora ea leshome e fetile ka metsotso e mashome a mararo. 

‘M’e ‘Makholu, u ea kae weekend ee ha u le bohale bakaa?

Ke lebohile.  The House is adjourned.

                               ADJOURNMENT

Thereupon, Mr. Vice-President adjourned the House without question put, pursuant to the Standing Orders. The House accordingly adjourned at 11:12 a.m.