Hansard 20 August 2024

KINGDOM OF LESOTHO

PARLIAMENTARY DEBATES

DAILY HANSARD

OFFICIAL REPORT OF THE SENATE

6th Meeting – First Session

Eleventh Parliament

Date: Tuesday 20th August, 2024.

LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG

1.Hon. Seeiso B. SeeisoPrincipal Chief of Matsieng
2. Hon. Joel A. MotšoenePrincipal Chief of Leribe
3.Hon. Sempe Gabasheane MasuphaPrincipal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan
4.Hon. Mamolapo M. Q Majara Principal Chief of Ha Majara
5.Hon. Tumane MatelaPrincipal Chief of Makhoakhoeng
6.Hon. Moeketsi Moletsane IIPrincipal Chief of Taung
7.Hon. Lerotholi Mathealira SeeisoPrincipal Chief of Mokhotlong
8. Hon. Lerotholi L. Seeiso   Principal Chief of Likhoele
9.VACANT…………………..Principal Chief of Phamong
10.Hon. Mojela T. MakhaolaPrincipal Chief of Qacha’s Nek
11.Hon. Seeiso S. H. NkuebePrincipal Chief of Quthing
12.Hon. Nthupi A. Bereng                     Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote
13.Hon. K.L.K Khoabane Principal Chief of Thaba-Bosiu
14.Hon. Mitchel S. MaamaPrincipal Chief of Ha Maama
15.Hon Moholobela M. Moholobela Principal Chief of Matelile
16.Hon. Bereng G. Seeiso Api  Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake
17. Peete Lesaoana PeetePrincipal Chief of Koeneng le Mapoteng
18.Hon. ’Mako T.MohalePrincipal Chief of Tajane, Ha Moetsana le Ha Mohale
19. Hon. Khoabane T. MojelaPrincipal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso
20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli Principal Chief of Botha-Bothe
21.Hon. Pontšo S. MathealiraPrincipal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere
22.Hon. Qeto Sekonyela Principal Chief of Malingoaneng
23.Hon.’Mawinnie KanetsiSenator
24. Hon. Lebona KhoaeleSenator
25. Hon. Thabiso LebeseSenator
26. Hon. ‘Maphakiso LebonaSenator
27. Hon. ’Mabataung Patricia                                MokhathaliSenator
28. Hon.Sehlooho HenryMonatsiSenator
29. Hon. ‘Makholu MoshoeshoeSenator
30. Hon. Neo Matjato MoteaneSenator
31. Hon. Seabata MotsamaiSenator
32. Hon.Richard RamoeletsiSenator
33. Hon. Limpho TauSenator

PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO

SENATE CHAMBER

TUESDAY, 20th August 2024

The House assembled at 10:30 a.m.

(MR. VICE PRESIDENT in the Chair)

PRAYER

The Chaplain led the House in Prayer

WELCOME REMARKS

MR. VICE PRESIDENT Kea le lumelisa Litho tse Khabane tsa Ntlo. Ke motlotlo ho le amohela kajeno lebitsong la Mookameli oa Ntlo ea Senate, Tulong ena ea Phutheho ea Bohlano ea Seboka sa Pele sa Paramente ea Leshome le Motso o Mong.

Re leboha Morena Molimo ha a re bolokile le ho re fa monyetla oa hore ebe re boetse re tl’o tla re kopana koano, ka morao ho phomolo ea nako e khutšoane ea Mariha.

Litho tse Khabane tsa Ntlo, le tla hopola hore pele re nka phomolo ea Mariha ena e bileng khutšoane, re ile ra oa ka phatla ra lahleheloa ke Setho se Khabane sa Ntlo ena Morena oa Sehlooho oa Phamong Honourable Nthati Bereng, eo e neng e se Setho feela, eo e neng e se feela Morena oa Sehlooho, e ne e bile e le Setho sa Pan African Parliament tlas’a Mokhatlo oa Linaha tsa Kopano ea Africa, African Union.

Tsohle re ile ra li etsa, le ho mo boloka re ile ra mo boloka ka tlhompho. Kea tseba hore re ile ra ea mono, ‘me re leboha haholo ka tšehetso ea, Litho tse Khabane le bohle ba ileng ba ba teng.

Joale empa ke tena ke bua litaba tsena hobane ke re ke nke monyetla oa ho leboha Boetapele ba Paramente eo ea Africa kapa Paramente eo ea Linaha tsa Africa ka hore e ile ea re fa matšeliso ka Mookameli oa eona kapa President ea eona e leng His Excellency Chief Fortune Z. Charumbira.

Ha b’a ka ba re etsetsa molaetsa oa matšeliso feela ka morao ho tahlehelo eno, empa Boetapele ba Pan African Parliament bo ile ba etsa tlhophiso ea hore bo be le moifo o tlang Lesotho koano nakong eo Morena oa rona oa Sehlooho a neng a bolokoa, hore ba tl’o lla le rona mosoanng, ‘me re ba leboha haholo.

Ba ile ba hlalosa mono hore ba tenne ba nka bohato ba hore ba  tle koano Lesotho ba tl’o tla ba ba le rona ho tla boloka Mofumahali Nthati Bereng hobane e ne e le motho oa bohlokoa haholo ho bona e le Pan African Parliament. ‘Me ba ile ba bua haholo ka bohlokoa ba hae le ka menyabuketso eo a ileng a ba le eona ka hare ho Paramente eo ea Linaha tsa Africa.

Ke ne ke re pele ke kena litabeng tsa kajeno ke mpe ke thetse taba eno hobane e bohlokoa haholo. Ha rea tseba hore re tl’o tla re ba leboha ka ha taba eno e ile ea etsoa re qeta ho koala Ntlo. Joale ke re ke fetise molaetsa ona oa liteboho ho bona, hobane ketso eo ba e entseng ruri re bone e le tlhompho e kholo haholo ho rona.

Litho tse Khabane, kea tšepa hore le bile le phomolo e monate haholo ena ea Mariha le hoja ebile phomolo e khutšoane haholo. Rea tšepa hore phomolo ena leha e bile khutšoane hakana-kana, e le file monyetla le le Litho tse Khabane tsa Ntlo hore le il’o phutha lijo tsane tseo le neng le li lemme, tsane tse ileng tsa hlaseloa ke komello masimong mane. Leha ho le joalo, rea tšepa le ile la fumana monyetla oa ho ea phutha. Le bao ebang ha ba ea chaea, ba ile ba khona hore ba phutha-phuthe hore liphoofolo li tle li tsebe hore li il’o fumana hoo e leng hore ho setse.

Empa taba e ikhethileng ka Mariha ana leha a bata hakaalo a bile a bonahala a hana ho tsoa, ke hore re ile ra fumana lehloa ka morao ho nako e telele haholo; le ile la ba teng mabalane koano. Re ee re be le lehloa, empa le ee le felle Maluting koana. Empa lekhetlong lena lehloa leno le qetelletse le eba teng le litoropong mona. 

Taba eno ka kutloisiso ea rona ea hore lehloa le khethehile hohle la ba la khetheha le ka hare ho literopo koano mabalane, ho rona e na le moelelo ka Sesotho, ka kutloisiso ea rona re le Basotho ho rona taba eno e lupa khora. Ho rona taba eno e lepa chai, e bolela katleho e kholo haholo.

Empa litaba tsena ha li ikele feela, li hloka hore re kenye linala mobung, re nke monyetla oa mongobo ono o ileng oa eba teng, hobane ha re ka ra lebella khora feela, ha re ka ra lebella chai feela, ra lebella katleho feela re sa etse letho, re sa kenye linala mobung, hono ke ho beha Molimo tekong. ‘Me re ke ke ra atleha, re ke ke ra fumana letho. 

Boipiletso ba rona bo ntseng bo etsoa le ke ‘Muso ke hore re nke monyetla oa mongobo ona o teng hore re tle re il’o lokisa mobu, re itokisetse temo ea Lehlabula.

Taba ena ea mongobo o teng bohlokoa e tla kamorao hore ebe re otluoe ke komello e kholo haholo, ‘me e bakileng hore ebe le kotulo e mpe joale ka ha ke se ke boletse. ‘Me taba eo e re tsoaletse mathata a maholo haholo ka hore lea tseba, Litho tse Khabane, haufinyane Mohlomphehi Tona-Kholo o sa tsoa phatlalatsa koluoa ea tlala ka lebaka la kotulo e mpe e tsoetsoeng ke taba ena ea komello.

‘Me ho phatlalalitsoe hore Basotho ba ka bang 700, 000 kaofela ba tl’o tla ba ameha ke taba ena ea tlhokahalo le khaello ea lijo. ‘Me kannete re leboha ‘Muso oa Motlotlehi ka hore e le ho arabela eona taba ena o se o bile o behelletse ka thoko chelete e M200 million hore o tsebe ho tla loantša bothata bona bo teng.

Re lokela ho nka monyetla ona hape ho leboha Linaha le Mekhatlo ea Machaba a Kopaneng tse ileng tsa ithaopa hore li tlatsetse ka litsela tse fapakaneng ho thusa ‘Muso oa naha ea Lesotho, ‘Muso oa Motlotlehi hore o loantše bothata bona bo bonahalang bo re aparetse. 

Re thoholetsa ‘Muso, re leboha le bano ba ileng ba fumana ho hlokahala hore ba tl’o tla ba jella phate, ba tl’o re thusa hore re arabele litaba tsena. Ese eka le Boeta-pele ba rona bo ka utloia boipiletso ba Motlotlehi ‘Mokeng oa Temo o neng o tšoeroe haufinyane moo a entseng boipiletso ba hore litaba tsena tsa temo li tšoaroe hantle, le hore ho shejoe monyetla oa hore na ho eketsoa joang karolo ea chelete e eang temong ‘moho le ho ntlafatsa kapa ho lokisa Melao le Meralo e tla re thusa ho arabela mathata ana a tlala.

Etsoe re lokela ho hopola, Litho tse Khabane, hore Motlotlehi Hlooho ea naha ena ea Lesotho e ntse e le eena Champion litabeng tsa phepo e nepahetseng, ‘me ka lebaka leno re tšoanela ho mo thusa hore re sebetse hantle litabeng tsena tsa temo, hobane ho se etse joalo ho tla mo hlabisa lihlong. Re tšoanela hore re mo tšehetse ka hohle-hohle hore mosebetsi ona oo a o abetsoeng ebile a o tšepetsoe o tsebe ho tsamaea hantle haholo.

Ha ke fetela ntlheng e ‘ngoe, Litho tse Khabane, kantle ho bothata bona bo re aparetseng bona ba tlala eo ke buileng ka eona e tsoetsoeng ke litaba tsa komello, re boetse hape re na le bothata bo bong boo motho u ka reng bo bocha, empa ‘nete e salang bo se bocha, eka mpa eaba bo na le lintho tse ling tseo e leng hore li kenelletse tse bonahalang li le ncha ka hare bona.

Re na le bothata bona bo re aparetseng ba sekhahla se holimo haholo sa lipolao le lipolaeano ka hare ho naha, moo bana ba Basotho ba janang joaloka lintja tsa setsomi, ba bolaeanang ka sehloho sena se tšabehang. Ka nako e ‘ngoe ho ipolaeloa le bao eleng hore le molato ha ba na oona.

Re bone boikhathatso bo seng bo nkuoe ke ‘Muso ka hore o eme ka maoto o ntše Gazetteho loantša litaba tsena. Joale empa ‘Muso o ke ke oa loantša taba ena kapa bothata bona o le mong. ‘Na ke ipiletsa ho lona, Litho tse Khabane, ke ipiletsa ho Boeta-pele ba naha ena, Marena a ka a Sehlooho, Likereke esita le mekhahlelo e meng ea Sechaba, hore ntoa ena e se be ea ‘Muso o le mong; re e kopaneleng kaofela, hobane lehlanya lea bokaneloa.

Ha re ka ra tlohela ‘Muso oa betana le sebata sena o le mong, o tla imeloa ebe oa hloleha. Ka litsela tse fapakaneng mohlomong ho tlatsetsa mosebetsi ona o ntseng o etsoa ke ‘Muso, ke boipiletso ba ka lebitsong la Boeta-pele ba Ntlo ena hore bohle ha re boneng hore na re eletsa ‘Muso joang, re thusa ‘Muso joang hore taba ena e ke e ee moriting.

Taba ena  e na le matšoao a macha ao ke bonang ‘na ke qala ho a bona. Ke hore ho se ho na le lipelaelo tsa hore ka hare ho naha ka mona ho se ho na le mofuta o mocha oa khoebo. Khoebo eo ho hiroang batho hore ba il’o bolaea batho. Ke nka ele ntho e ncha eno, hobane batho ha ba koatelane, ba ka qabana ba loana eaba ho hlaha mafu, empa ena ea ho hira batho ba il’o bolaea batho ba bang ho ‘na ke mofuta o mocha oa khoebo and ha re sa e thibe, ehlile e tla hola haholo. Batho ba tla bona ho le bohlokoa hore ba hire batho bao eleng hore ba il’o bolaea batho.

 Tsietsi ea taba eno ke hore ha u ile ua hira motho hore a il’o bolaea e mong kapa a il’o bolaea ba bang, ho na le letsatsi le leng leo a tla tla a bolaea uena hobane nako ena kaofela ha lipokotho li le masoba, u tla u letsetsa a u botse hore na ho joang, o bona a eme hampenyana na ha u sa mo akhella. Ha u sa etse letho u tsebe hore u tsietsing, li tl’o tla li sheba ka ho uena hore joale u ile ua mo sebelisa joale ha a na le mathata ha u sa na nako ea hae.

Eleng hore kaofela re tšoanetse hore re tšoaraneng ka matsoho re buisaneng.

 ‘Na boipiletso ba ka ho ‘Muso oa haeso ke hore mohlomong ke belaela hore le lebili la toka le lieha ho bilika, ‘me Basotho ba qetella ba etsa liqeto tsa hore ha lebili le lieha ho bilika la toka, ba inkele liqeto tsa ho iketsetsa likahlolo.

Joale molemong oa hore Makhotla a rona a se ke a imeloa ke taba ena ea ho aba toka ka pele le ka potlako, boipiletso ba ka ke hore ka pele ka mokhoa oo ho ka khonehang, ‘Muso oa rona o ke o shebe khonahalo ea hore o sebelise Marena a naha ena ho aba toka maemong a itseng. U se ke ua fumana hore toka e ‘ngoe le e ‘ngoe e tlameha hore e ee Makhotleng mane, batho ba il’o fola Makhotleng le Ha ‘Masetarata koana, moo u bonang hore a se ntse a imetsoe, hobane u tla bona linyeoe li buua kamor’a lilemo tse leshome.

Empa ka ha re na le hoo ka Sekhooa o ka ho bitsang resources tse ngata haholo, tseo ebileng Basotho ba lumelang ho tsona eleng Marena a rona, ho tloha ka Morena oa Sehlooho ho ea tsoa ka oa ho qetela ha ba ka ba fuoa lithupelo, ra lokisa Molao, ba lumelloa hore ba rarolle likhang le liqhoebeshano tsa boemo bo itseng, ka’nete taba eno e tla re thusa hore re abe toka ka pelenyana. Mohlomong le sekhahla sena sa lipolao le lipolaeano se tla fela kapelenyana haholo.

Qholotso e ‘ngoe eo re tobaneng le eona, Litho tse Khabane, ke ea leqeme la mesebetsi leo eleng hore ka’nete sekhahla sa tlhokahalo ea mesebetsi, haholo-holo bacheng, se holimo haholo hobane se hakanyetsoa hore se ka holimo ho 24%.

Taba ena e bolutu haholo, hobane selemo le selemo likolong tsena tse phahameng ka hare ho naha ka mona, re ntša Makoloane le Litsoejane tse tšoereng mangolo ano a phahameng ba ntseng ba fihla ba subuhlellana ka hare ho ‘maraka ona. Ho bonahala mangolo a bona ehlile ha re tsebe hore na ebe ke bothata ba hore joale ‘maraka ha o sa a hloka kapa ho etsahala eng.

Re hloka ho etsa liphuputso tse tebileng re fumane hore na bothata bo hokae, hobane pelaelo ena ea hore ehlile lithuto le lithupelo tseo re ntseng re li fa barutoana ba rona likolong tsena tse phahameng e ka ‘na eaba joale ha li sa hlokoa ke ‘maraka, ha li sa hlokoa ke boemo ba moruo oa rona, re tšoanela hore re li hlahlobe bocha. 

Re se ntse re ipiletsa ho ‘Muso, haholo-holo ka Lekala la Thuto, hore ba ke ba shebe hore na ba ke ke ba chakela manane-thuto ao likolo tsena tse phahameng li fanang ka ‘ona hore bacha ba mpe ba etse mesebetsi kapa ba etse lithuto tse tla ba thusa ho hlahisa mesebetsi, e seng ho ea hiroa. Manane-thuto a ntlafatsoe hore ba tsebe ho etsa lithuto tse tla ba thusa hore ba il’o itlhahisetsa mesebetsi ba tsebe le ho hira ba bang.

Boima ba taba ena ea tlhokahalo ea mesebetsi bo re bakela mathata a mangata haholo. Bo na le li-tla-morao tse bolutu haholo moo u ka a kopanyang le sekhahla se ntseng se phahama sa tšoaetso ea HIV moo u ka a kopanyang le matšoao a kang sekhahla sa mafu a kelello mohlomong le ho ipolaea ho batlang ho le teng mona le mane ka hare ho batho ba bacha.

‘Me ha taba ena e ka ea sebetsoa, e tla re thusa haholo hobane batho bano ba bacha ba bohlokoa haholo bokamosong ba naha ena. Ke Babusi le Babosuoa ba kamoso ba naha ena.

Re se re ntse re ipiletsa ho ‘Muso oa rona hore   litaba tsena li ke li hlahlojoe bocha, bacha ba fumane lithupelo tseo eleng hore li ka ba thusa ho hlahisa mesebetsi. Ho batalatsoe Melao le Melaoana e tla ba thusa hore taba ena e bebofale. Ba be ba khahlametsoe le ka lichelete hore taba ena e tle e tsebe ho phethahala.

Ha ke le mothating ona ke se ke bile ke nka monyetla hore ke lebohe ‘Muso kapa Mohlomphehi Tona-Kholo ka tsela e khethehileng ka lenaneo leo a le entseng la Sebabatso, leo eleng hore le reretsoe ho batalatsa mabala sebakeng sa bacha hore ba itlhahisetse mesebetsi, ba itlhahisetse likhoebo le ho holisa moruo mafapheng a fapakaneng ka hare ho naha ena.

Litho tse Khabane, ke ntse ke le tabeng ena ea mesebetsi, re na le tšebeliso ea marang-rang ka hare ho naha ena, eo eleng hore ka’nete ke lumela hore ha ho mocha ea sa e tsebeng, eo ebileng ke lumelang hore bacha ba e rata haholo.

‘Nete e salang e bonahalang ke hore e re bakela mathata a mangata haholo ho feta kamoo e lokelang e re tlisetse manolo kateng. ‘Me ke boipiletso ba ka hore ekare ‘Muso mohlomong le bona batho ba sebelisang marang-rang, ba se ke ba a sebelisa hampe ho rohaka batho ba baholo, ho hobosa batho, ho etsa litaba tse seng monate, empa ba sebelise marang-rang ana ho bona hore ba loantša eona taba ena ea tlhokahalo ea mesebetsi, hobane ha a sebelisoa ka tsela e nepahetseng a ka thusa haholo ho loantša bothata bona ba tlhokahalo ea mesebetsi eaba mesebetsi e ea hlaha.

Taba e ‘ngoe Litho tse Khabane, ke ea hore Sechaba sa habo rona sa Basotho se nkile nako e telele haholo ka lintlafatso le litšebeletso tseo ekang tsa litsela, marokho, metlakase le tse ling, joalo-joalo, moo ba neng ba kopa hore ba bonesetsoe, ho lelekoe lefifi ka hare ho naha ena le ka hare ho literopo tsa naha ena.

Ka’nete ke kopa hore ke nke monyetla mona ke thoholetse ‘Muso oa Motlotlehi ka tsela e khethehileng kamoo ke bonang ba eme ka mafolo-folo kateng, ba eme ka matla kateng ho arabela litlhoko tseno tsa Basotho; eleng ho ntlafatsa litsela le ho ntlafatsa marokho, litsela tsa letšoana le litsela tsa lehlohlojane. Rea bona hore ka hare ho Maseru le literopo tse ling ka’nete ho phathahanoe haholo, le metseng koana ho phathahanoe haholo ho lokisoa litsela tsa lehlohlojane.

‘Me ka’nete re se ntse re nka monyetla ona ho thoholetsa ‘Muso ka mosebetsi ona o motle oo ba ntseng ba o etsa ho ntlafatsa litaba tsa litšebeletso tse eang ho Sechaba sena sa Basotho seo eleng khale se lla se hloka litšebeletso tsena.

Taba ena ea ho khantša literopo le eona e bohlokoa haholo, hobane e tl’o tla e leleka lefifi. Rea tseba hore lefifi ke e ‘ngoe ea lintho tse kenyang letsoho haholo litlolong tsa Molao, hobane litlolo tsa Molao li bebofala haholo ha ho le lefifi. Batho ba rata ho etsa litlolo tsa Molao ka nako eona eno eo eleng hore ho lefifi. Joale empa ha khanya e le teng, taba eno e fokotsa litlolo tsa Molao le botlokotsebe, hobane ba bangata ba tšaba ho li etsa moo e leng hore ke khanyeng. Joale u ka ‘na ua utloa ba halefa haholo ha ba bona hore joale litaba tseno tsa khanya li ba teng, hobane li tla ba sitisa hore ba etse mesebetsi ea bona eno eo e leng hore ha e metle.

‘Me ka’nete re se re ntse re leboha ‘Muso ka mosebetsi ona oo o o etsang hobane o kenya letsoho joale ka ha ke boletse toantšong ea litlolo tsa Molao.

Litho tse Khabane tsa Ntlo, re se re na le lilemo tseo ke nahanang hore e ka ‘na eaba li atamela leshome joale re le naha ea Lesotho re hena-henana, re isana holimo le tlaase le litaba tsa Tlhopho-Bocha.  Taba ena re sebetsane le eona nako e telele hoo ke lumelang hore e se e tenne karolo e ‘ngoe ea sechaba, e se hlokisitse karolo e ‘ngoe ea sechaba ts’epo ho boetapele ba naha ena, haholo-holo ho Litho tsa Paramente, ebang ke ka Ntlong ea Bakhethoa ba Sechaba, kapa ka mona ka Ntlong ea Mahosana, empa haholo-holo ka mane ka Ntlong e Kaholimo.

Ka ‘nete ka mona ha ke lumele ho na le bothata bo bokaalo-kaalo, empa taba ena ea hore ebe re sebetsana le ntho ena e fetohile hlolopshane, ha e fele. Hlolopshane hothoe ke phoofolo eo e reng ha u bua letlalo lena, ebe ho hlaha le leng, ha u bua leno le ka hare ho hlaha le leng, ebe ha e fele. Taba ena ea hore ebe re sebetsane le Tlhopho-Bocha nako e telele hakana-kana e sa fele, ka ‘nete ho fihla moo ka puo ea sejoale-joale, ba ka reng ka ‘nete e se e bora.

Empa ka ‘nete ke lokela hore ke bonts’e hore re bona mats’oao a hore ekare lekhetlong lena hoa sisinyeha, etsoe le kopanong ea Lihlooho tsa Linaha tsa Tikoloho ena e Boroa ho Afrika mafelong a beke ena le bona ba bonts’itse ba khothala haholo, ba bona eka ekare mats’oao a teng a hore ho na le khatelo-pele.

Empa ke lokela ho hlalosa Litho tse Khabanehore khatetelo-pelenyana eno e bonahala eka ekare e teng, e ntse e le leotong la pele la Tlhopho-Bocha, kapa mokhahlelong oa pele, hobane Tlhopho-Bocha e na le mekhahlelo e supileng kaofela: 

  • Mokhahlelo oa pele ke oane moo e leng hore ho hlopshoa bocha Molao oa Motheo, e leng Constitutional Reforms.
  • Mokhahlelo oa bobeli ke Parliamentary Reforms, e leng moo ho hlopshoang bocha, kapa ho lokelang ho hlopshoa-bocha Paramente.
  • Mokhahlelo oa boraro ke Tlhopho-Bocha ea Makhotla a Molao, a abang toka kahar’a naha ena, e leng Judicial Reforms.
  • Mokhahlelo oa bone ke oa Tlhopoho-Bocha ea Bosebeletsi ba Sechaba, e leng Public Service Reforms.
  • Mokhahlelo oa bohlano ke Tlhopho-Bocha ea Mabotho, kapa Litsi tsa Ts’ireletso tsa naha ena ea Lesotho.
  • Mokhahlelo oa Bots’elela ke Tlhopho-Bocha ea Moruo, ‘me ena ke e ‘ngoe ea tse kholo ka mokhoa o fetisisang, hobane e tl’o tla e araba mathata a mangata haholo ka hare ho naha ena.  Ke hona moo mesebetsi e tla tla e hlaha teng hona mona, sebakeng sa bacha le ba bang ba sa sebetseng.
  • Ha mokhahlelo oa ho qetela oa bosupa e le hoa Tlhopho-Bocha ea Boqolotsi le Bophatlalatsi ba litaba, e leng Media Reforms.

 Esale re sebetsana le mokhahlelo oa pele feela, hoo batho ba bileng ba nahanang hore ke tsona Reforms, e leng Constitutional Reforms. Hoo batho ba bangata ba ntseng ba re ha re qeta – eleng ena e ntseng e sebetsoa ka Ntlong ea Bakhethoa ba Sechaba hona joale, ba nahana hore ha re qeta ho fetisa taba eno, re qetile ka Reforms.  Batho ha ba leseling la hore ho na le methati ena e meng e mengata, e supileng, eo re lokelang ho tla sebetsana le eona.

‘Nete e salang ke hore mokhahlelo ono oa pele oa Constitutional Reforms, kapa oa Tlhopho-Bocha ea Molao oa Motheo, o fetoha motheo oa mekhahlelo ena e ts’eletseng e tl’o tla e hlahlama.  Feela ‘nete e salang ka ‘nete re sebetsane le taba eno nako e telele haholo hoo ka ‘nete e ts’oanelang hore e ke e fete, joale re tsebe ho tla kena mekhahlelong ena e meng, haholo-holo ona oa Tlhopho-Bocha ea Litaba tsa Moruo.  Ke eona e potlakileng haholo.

Ke rata hore ke phethele litaba tsena tsa Tlhopho-Bocha, Litho tse Khabane, ka hore ke ipiletse ho lona, ho Matlo ana a mabeli a Paramente, Ntlo ea Bakhethoa ba Sechaba le ntlo ena ea Senate, hore ka ‘nete taba ena re lokela hore re e phamolele holimo, re e sebetse kapele-pele, ka matla, ka boitelo le ka boikitlaetso bohle, hobane ke litaba tsa sechaba, ‘me taba ena ke eona eo re lebeletseng hore ha e ka ea sebetsoa ka nepo, joalo ka ha Basotho ba fane ka thomo e joalo, ha e ka sebetsoa ka nepo, ke ts’epo le tumelo ea rona re le Basotho hore e tla re tlisetsa khutso, khotso, botsitso le nala tsa moshoelella.,ho fapana le ho sebetsana le litaba tseo e leng ho re ke tsa rona, ke litaba-tabelo tsa rona kahar’a ntlo ka mona, joale re behella tseno tsa sechaba kathoko, kapa re li chechisetsa morao.

Ke kopa hore ke phethele Puo ena ea ka, Litho tse Khabane, ka ho tlaleha hore bekeng e fetileng karolo e ‘ngoe ea Litho tsa Ntlo ena, haholo-holo Komiti e sebetsanang le Litaba tsa Boits’oaro, e sebetsanang le taba ea Code of Ethics, kapa Code of Conduct le Balula-Litulo ba Likomiti le ba bang, re ne re le mane Leribe, moo re neng re il’o sebetsana le taba ea ho ntlafatsa Tokomane ena eo e leng ho re e laola boits’oaro, e re supisa tsela ea hore na re tla lokela ho sebetsa ka tsela ea mofuta ofe ka mona ka hare ho Ntlo, hore re tle re tsebe ho sebeletsa Basotho ka tsela e nepahetseng.

Tokomane eno re e phethetse haufinyane haholo, ‘me e tla tla ka Ntlong ka mona le tl’o tla le e hlohonolofatsa, hobane e ke ke be ea sebetsa pele e tla ka hare ho Ntlo ka mona, le e ananele, le e hlohonolofatse.  E tla tla Tokomane eno.

Tokomane ena e bohlokoa haholo hobane e re khutliselitse metheong ea Morena Moshoeshoe I.  E re rutile hore na Morena Moshoeshoe I o ne a sebetsa joang hore a qetelletse a atlehile.  Re ile ra fuoa lithupelo ka litaba tseno le hore re ke re qopitse litabeng tseno tsa metheo ea Morena Moshoeshoe I, hore na o ne a atamela litaba ka tsela ea mofuta ofe, ‘me le rona re qopitse hona mono, haholo ha e le mona re keteka lilemo tse makholo a mabeli Morena Moshoeshoe a ile a theha le ho kopanya sechaba sena sa Basotho.

Litaba tsena tsa Tokomane ena ea Code of Conduct kapa Code of Ethics, li tla kamora’ hore ebe re ile ra sebetsana le tokomane e ‘ngoe eo le eona haufinyane e tla tla ka koano ka Ntlong,e leng ea Strategic Plan, kapa moralo oa lilemo tse hlano oa ho ntlafatsa litaba tsa Bosebetsi le Bosebeletsi ba Ntlo ena e Khabane, ‘me Tokomane eno le eona e tla tla, Ntlo ena e Khabane e tl’o tla e e hlohonolofatsa le ho e ananela, hobane pele e tla ka Ntlong ka koano, e hlohonolofatsoa le ho ananeloa, re ke ke be ra tseba hore re e sebelise joaloka eona ena ea Code of Conduct.

Ke kopa hore ke phethele, Litho tse Khabane, ka hore pele Paramente e koala, kapa re phomolela Mariha, re na le Melao eo re ileng ra e fetisa le Melaoana e ileng ea kena kahar’a Ntlo ka mona.  E meholo eo re ileng ra e fetisae  mene ho hopotsa Litho tse Khabane feela: 

  1. Re ile ra fetisa Molao oane oa Bosebetsi le Litaba tsa Bophelo, e leng Occupational Safety and Health, Bill, 2024.
  2.  Re ile ra fetisa Labour Bill, 2024. 
  3. Re ile ra fetisa Appropriation Bill, 2024/2025. 
  4. Ho na le Molao o mong oane oa Bojalefa, oo Ntlo ena e Khabane ka ‘nete e ileng ea o lahla, empa ho o lahla ha Ntlo ena e Khabane ha ho bolele hore o ile oa lahlehahobane joale o ile oa fetisoa ke Ntlo eane e Ka tlaase, e leng Ntlo ea Bakhethoa ba Sechaba, hobane ho latela Molao oa Motheo e na le matla a ho fetisa melao moo rona le bona re sa lumellaneng.

Ho tloha mono re entse litaba tsa Melaoana.  Re sebetsane le litaba tsa Lipotso ka hare ho Ntlo ka mona lehoja re ntse re na le Lipotso tse ling tse es’o ka bang li arajoa.

Ka ‘nete ke kopa hore ka mantsoe ana Litho tse Khabane, e mpe ebe ke behile.  Ke le kope hore ke rona bana re butse.  Sepheo se seholo sa hore re bule e ne e le hore re tl’o tla re sebetsana le litaba tsena tsa Tlhopho-Bocha, re tl’o bona hore re li fetisa kapele, hobane ha e le mona li ne li se li ile tsa kena, plan ea rona e ne e le hore e tla ba li se li felile ka mane ka Ntlong ea Bakhethoa, hobane khajane li kene ka mono, ebe li se li le ka koano, joale re se re fihla re sebetsana le tsona ka koano.  Ke tsona tse entseng hore ebe re teng koano, ‘me rea ts’epa hore haufinyane_ba re ts’episitse hore haufinyane li tla tla li fihla ka koano, ‘me re tla tseba hore re tl’o tla re li sebetsa.

Ka ‘nete ke kopa hore ka mantsoe ana ebe ke le amohetse, Litho tse Khabane.  Kea ikokobetsa. 

Kea leboha…

(LITLATSE)…

ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR

MR VICE PRESIDENT: Kea leboha hape-hape Litho tse Khabane, ke kopa hore ke fetele tabeng ea litsebiso tsa kajeno:

  1. Ea pele, ke hore hang ha Ntlo e phomola Komiti e hlophisang mosebetsi oa Ntlo, e leng Business Committee –  hosane, eseng kajeno e tla kopana.

 Hapetsebiso e ‘ngoe eo ke tl’o tla ho eona e tla hlalosa hore re se re arolelana mosebetsi le Ntlo eane ea Bakhethoa koano, ‘me ba boetse ba sebeletsa koano ka lebaka leno re ba abetse liofisi tse ling tsa rona koano, ‘me ka lebaka leno Phutheho ena ea Business Committee, ha e na ho ts’oareloa mona moo re eeng re e ts’oarele teng, hobane ofisi eno re kalimane ka eona ho Boeta-pele ba National Assembly.  So, re tla kopana Boardroom Ntlo-Kholo mane ea Senate.

  • Tsebiso ea bobeli ke ea hore ke ile ka bua ka litaba tsa Morena oa Sehlooho oa Phamong hore o ile a re lahlehela ka bomali-mabe bo boholo, ‘me Morena oa rona oa Sehlooho oa Phamong e ne e le Setho sa Business Committee, e leng Komiti eno ea Ts’ebetso ea Ntlo. Joale Boeta-pele ba Ntlo ena e Khabane bo entse qeto ea hore sekheo seno sa hae se koaloe ke Morena oa Sehlooho oa Mokhotlong, e leng Morena Lerotholi Mathealira Seeiso, eo e bileng e leng Molula-Setulo oa College of Chiefs.
  • Tsebiso ea boraro ke ea hore mane Ntlong ea Bakhethoa ba Sechaba holim’a thaba mane ho ntse ho lokisoa, ho ntse ho etsoa lintlafatso.  Che! Mona li lokolisitsoe, empa ha ke na ho kena ho tsona.  Ho ntse ho etsoa lintlafatso mono tse ileng tsa hloka hore joale basebetsi le Litho tsa Ntlo ena e Khabane li tsoe mono ho fa batho ba ntseng ba etsa mosebetsi le ho lokisa monosebaka, ‘me ba ile ba fuoa tumello ea hore ba khutlele mona moo ba neng ba ntse ba sebeletsa teng khale pele ba ea holimo koana.  Ke ts’ebetso eo re lebeletseng hore ha e na ho ba ts’ebetso ea nako e telele, e tla ba ts’ebetso ea nako e khuts’oanyane.  Ba tla boela ba khutlela koana.  Joale ke ne ke re ke le tsebise Litho tse Khabane hore Litho tseno tsa Ntlo ea Bakhethoa ba Sechaba re boetse re na le bona kahar’a jarete ka mona, re tla kopanela mehao le lisebelisoa tse ling le bona koano.

Empa hee, ke fumane hore ka lehlohonolo le leholo ha ho na ho ba le moo re tla thula-thulana le bonahobane ba kena ka morao ho tinare, joale rona re kena hoseng.  Ho na le nako eo ke neng ke ts’ohile haholo hore re tl’o fumana re thula-thulana, haholo-holo sebakeng sena sa ho paka, hobane ke hlokometse hore ha ba tlile koano, Bahlomphehi Matona ba paka hona mona moo Litho tse Khabane li pakileng hona teng.  Empa hee, ha ho na ho ba le bothata ba letho hobane ba kena ka morao ho tinare, ha rona re kena lihoreng tsa hoseng.  So, re ne re kopa hore re tle mpe re be le mamello ea ho kopanela lisebelisoa tse ling le bona joaloka matloana, metsi le tse ling joalo. Hang ha ba qetile ts’ebetso ea bona ba tla khutlela mane moahong oa bona o ka holimo ho thaba.

  • Tsebiso e latelang hape-hape ke ea hore Ofisi ea SADC PF Lesotho Branch, ka lefapha la eona la Sexual Reproductive Health Rights, e memela Moemeli oa Senate ho SADC PF, e leng Setho se Khabane Honourable Senator Mohale le Balula-Setulo ba Likomiti tsa Legislation le Health Nutrition and Gender, hammoho le Setho se tsoang komiting ka ‘ngoe phuthehong e tla ts’oaroa ka la 28 ho isa la 29 Phato, e tla ts’oareloa National Assembly ka Committee Room 6 Level 2.
  • Tsebiso ea ho qetela, Litho tse Khabane, ke ea basebetsi ba bacha, bao re neng re re re le tlalehele ka bona.  Ka Lefapheng la Human Resource, e leng ka mane ka moo ho hiroang le ho fana ka lits’ebetso tsohle tse amanang le litaba tsa khiro le litaba tsa koetliso le tse ling kaofela. Re na le mosebetsi ea mocha ka mono, mabitso a hae ke Ntate Lepoqo Moshoeshoe.  Ha ke tsebe hore na o teng, Ntate Clerk?  Oo, ke eane o teng! Ke Ntate Lepoqo Moshoeshoe. E se e le eena ea tlang ho sebetsa litaba tsa lona…(LITLATSE)…
  • Tsebiso ea bobeli e amanang le litaba tseno tsa basebetsi ke ea hore ‘M’e ‘Malimpho Lekhooe, ea neng a sebetsa e le Table Clerk, o se a phahamiselitsoe boemong ba Committee Clerk, e leng ho re ha a sa tla hlola a sebetsa e le Table Clerk, o se a tl’o tla a sebetsa e le Committee Clerk.  Ha ke tsebe hore na o teng le eena, a eme Litho tse Khabane…(LITLATSE)…
  • Ea ho qetela Litho tse Khabaneke ea hore Ofising ea haeso mane ke ne ke ntse ke sebetsa le Ntate Advocate Sefeane, e le eena ea okametseng Ofising ea haeso mono, empa ha a sa le eo  ose a nketsoe sebaka ke Ntate Masupha Lerotholi, ‘me ke kopa hore le eena a eme…(LITLATSE)…

HON. SENATOR K.L.K. THEKO:  Ke kopa ho etsa Ntlha ea Tsamaiso Ntate, hobane kea kholoa ua qeta, joale u tla b’u koetse… 

MR. VICE-PRESIDENT:  Ntlha ea Tsamaiso, Morena oa ka.

HON. SENATOR K.L.K. THEKO:  Ka ‘nete kea leboha, Ntate.  Ke ne ke re, Ntate, hle, taba e kholo ke hore re lebohela batho bana ba karolo ena ea staff sa rona se secha le bosebeletsi bo nehoang batho bocha, ‘me rea ba lebohela.  Taba eo ke emang ka eona Ntate, ke e hlokolosi eo ke e boneng hore e ntse e etsahala ka Ntlong ea Bakhethoa, ea hore ho na le Lipolelo tse ntseng li etsoa malebana le boemo bo kahar’a naha.No. 1.Basotho ba ka South Africa ba ka tlas’a tlokotsi ea ho lelekisoa ke the Ministry in the new Government ea South Africa.  E seng e na le banna ba Maburu joale ba batla ho re etsetsa pikapo eane ea lilemong tse fetileng.

Na ebe, Mohlomphehi Ntate, ekaba Letona le Khabane la Litaba tsa Lehae, joalo ka ha le ntse le etsa ka National Assembly, na a ka ba mohau, ka uena Ntate ho tla etsetsa Ntlo ena Lipolelo tsa mofuta ooe le hore re tle re tsebe hore le rona re hlakisetsoe, hobane ka ‘nete ehlile re na le mathata?  Re le sechaba ho na le outcry e ts’abehang e hlahang ka thoko hore Basotho ba fetohile maphanya-phanya ka lehlakoreng leno.  Ke taba ea pele.

Kea kholoa ea bobeli e ntse e le taba ena ea ‘Muso ka taba ea li-ID hore na ekaba boemo bo hokae? Letona le ka tseba ho hlalosa ka bopharanyana hore na ebe taba eo ea li-ID eona e boemong bofe, re ke re tl’o tla re fumana tlhalosetso kahar’a Ntlo ena.

 Kea kholoa ha ke chulo joalo Ntate, le taba ea boemo ba taba ena eo ho thoeng ke ea likobo, ea lipolaeano tse ntseng li etsahala –  Kkea ithuta Ntate hore ke taba e ‘ngoe eo u e ammeng Puong ea hau ea kamohelo kamora’ ho koala ha nako e telele.  Ke batla ke lebala hore ebe ke lakalelitse Litho tsa haeso mahlohonolo ha e le mona kaofela re khutlile.  Ha re s’o utloe haeba ho na le ea oeleng moleng oa ntoa.  Ke bona eka re ntse re le kaofela, ‘me Molimo a hlohonolofatse.

Empa taba ea ka ke eno ea hore re kope the Minister of Foreign Affairs hore a tl’o tla a re hlalosetsa boemo ba litaba hore na ho etsahal’ang ka taba eo ea batho ba ntseng ba lelekisoa South Africa.  Eena le South Africa na ba sebelitse ka tsela efe. 

Ea bobeli joale e se e le taba eo ea hore na ebe Letona lena la Litaba tsa Lehae le lona na le ke ke la tla etsa Statement malebana le taba ea li-ID le ho ts’oenyeha ha Basotho ka taba ena ea likobo, lipolaeano tse ntseng li tsoela pele li bakoa ke batho bao ho thoeng ke ba likobo? Joale empa re Basotho kaofela, re batho ba likobo kaofela.

  Ekare re ka utloa hore na ‘Muso o shebile joang, Ntate.

Kea leboha, Mohlomphehi oa ka.  U mp’u nts’oarele ha ke se ke u lulisitse hobane ke ne ke utloisisa hore ha u qeta ho bua mono, ka Molao u tlameha u tsoe, joale ebe ke tla hloka monyetla oa hore ke tle ke etse boipiletso le kopo ena eo ke e behang ho uena Ntate.

Helele! Mohlomphehi oa ka.

MR. VICE-PRESIDENT.  Kea leboha Morena oa ka.  Ke ne ke kopa hore pele ke etsa address Ntlha ena ea hau ea Tsamaiso, ke mpe ke fetise tsebiso ea ho qetela ho lona, Litho tse Khabane, ea hore re na le memo moo ho menngoeng Setho se Khabane ‘M’e ‘Makholu Moshoeshoe ke bane ba AFRO-BAROMETER, phuthehong e tla ts’oaroa hosane ka li 21 tsa khoeli eona ena e holimo, ho tloha hoseng ka hora ea borobong ho isa mots’eare oa mantsiboea ka hora ea pele, mono Lehakoe.  Taba ena e bolela hore a ke ke a tseba ho ba le rona Tulong ea hosane.

Morena oa ka, Litho tse Khabane tsa Lekhotla la Matona li Tulong ea Cabinet letsatsing lena.  Ke e ‘ngoe ea litaba tseo e leng hore li ile tsa qeteletse li ama phutheho ea rona ea Business Committee, e neng e ts’oanetse hore ebe e lutse.  Ra fumana hore ehlile re tlameha ho e chechisa, hore bao e leng karolo ea Komiti eno ba tle ba tsebe ho ba teng. 

E ‘ngoe ea litaba tseo re tl’o li etsa ke hore re ke re kopane le eena Letona la Machabeng hore a ke a khahloe hore a tl’o tla a re etsetsa Polelo ka mona ka Ntlong ena, hobane ka nepo ha Letona le Khabane le entse polelo ka Ntlong ea Bakhethoa, le lokela hore le ka mona le tle, le tl’o tla le etsa Polelo.  Ho se etse joalo ho rona re ho nka ho le bolutunyana, hobane re ho bona e le khethollo, re ho bona e le tsela e sa nepahalang ea ho ts’oara Matlo ana a mabeli.

Taba eo ke e ‘ngoe e ileng ea etsa hore ka nako ea ho feta u bone mebuso e fetileng e na le likamano tse seng monate le Ntlo ena, ‘me ona re ts’oanela ho o eletsa, o se ke be oa tsamaea tseleng eno ea hore ha o ile oa etsa Lipolelo ka mane, ebe ha o tle ka monaho tla etsa Lipolelo.

Ka lebaka lona leno re tla mema Letona la Machabeng Honourable Lejone Mpotjoane, a tle a khahloe hore a tle ka koano a tl’o tla a etsa Polelo. Mohlomong ho rona ke hore a tle a be a khahloe (haeba ke eena ea relevant litabeng tseo) ho re hlalosetsa ka taba ea Morena e Moholo oa Basotho Afrika Boroa, hobane ho bonahala joale ho na le moo Basotho ba ntseng ba patala hore ba fumane litokomane tsa boitsebiso, ba patala M350.  So, litaba tsa mofuta o joalo li lokela hore li otlolohe, hobane li tla botsoa lona le le Baeta-pele hore na ho etsahala joang.

Joale le eona taba eno ba lokela hore ba tl’o re etsetsa Polelo ka eona, hore na hantle-ntle ho etsahalang ke eng, hobane Basotho ba qetella ba lumela hore ha ba na le litokomane tsenoekare ha ba na ho lelekisoa.  Ba lumela hore ha ba na ho lelekisoa ha ba na le litokomane tseno.

Ena ea li-ID le eona re tla buisana le Letona le Khabane la Puso ea Libaka le Borena le Litaba tsa Lehae le Sepolesa hore le eena a khahloe a tl’o beha Ntlo ena leseling ka bothata bona kapa phephetso ena e bonahalang e le teng ea litokomane tsa boitsebiso, ho tloha ka eona ID le li-passport, hobane le tsona ho utloahala e ntse e  batla ele bothata bo boholo.  Re tla etsa joalo, Litho tse Khabane.

HON. SENATOR M.M. MOSHOESHOE:  Ntlha ea Tsamaiso, Mohlomphehi.

 Kea leboha, Ntate.  Ke ema mona ka Ntlha ea Tsamaiso ho latela litsebiso tseo u li entseng.  Ke ipatlela feela tlhakisetso le hore ke tle ke tsebe ho ba le kutloisiso.  Che, ke botsetsa ‘na le Litho tse ling tse Khabane, ha ke ipotsetse ke le mong.

 U itse Business Committee e tla lula hosane, ua boela ua bonts’a hore kamor’a lefu la Morena oa Sehlooho oa Phamong eo e neng e le Setho sa Business Committee, le ile la ikeletsa hore le khethe Setho se tl’o koala sekheo seo sa hae, ‘me ua boela ua phatlalatsa hore le ikelelitse hore le khethe Molula-Setulo oa College of Chiefs.

Ntlha ea Tsamaiso eo ke emang ka eona ke ho re na hoa nepahala hore ha sekheo se ba teng sa Setho se joalo, ebe ha se koaloa joalo se koaloa ka Setho se nang le position e ‘ngoe e kholo hakaalo?

Ke bua taba ena hobane College of Chiefs e ile ea lula mona e bitsitsoe ke Motlotlehi Khosi, ‘me Phutheho e joalo e ne e le teng ka June Thaba-Bosiu mane.  Re ile ra ikeletsa hore College of Chiefs e ngole lengolo e ngolle Senate hore holim’a Litho tse seng li ntse li le teng, tsa Business Committee – College of Chiefs e etse kopo ea hore Molula-Setulo oa eona a kene a fuoe tokelo ka mono ele hore a tle a tlele Litho tse Khabane litaba ka mono re tle re tsebe ho batalatsa mabala lipakeng tsa Senate le Marena a Sehlooho.  Ha ke tsebe leha e-ba Ofisi ea hau e se e fumane lengolo le joalo.

Joale kajeno ha u re le ikelelitse hore le hle le khethe eena Molula-Setulo oa College of Chiefs, a tl’o tlatsa sekheo, ‘na kelellong ea ka ke itse (I stand to be corrected) ke kopa hore u tle u ntlhalosetse hore na sekheo seo se ne se ke ke sa koaloa ke Setho se seng – any Senator, sena sa Mofumahali Nthati Bereng?  Ere ha ho qetoa ho koaloa sekheo seo, then ebe College of Chiefs le eona e le fa Molula-Setulo oa eona on top of number eno, u tl’o tlatsetsa. 

Ke eona Ntlha ea Tsamaiso eo ke emang ka eona.  Mohlomphehi, u tla nts’oaea mohlare haeba communication ena eo ke buang ka eona ea lengolo le tsoang ho College of Chiefs le tla Senateng, le etsang kopo eo e khethehileng ebe ha le-s’o fihle, empa haeba kopo e joalo e teng, ke kopa tlhaloso hore ke tle ke utloisise ke be ke rutehe, ‘me ke rutehele ruri.

 Kea leboha, Ntate.

MR. VICE-PRESIDENT:  Kea leboha, Setho se Khabane.  Litaba tseo u buang ka tsona ke tsa bohlokoa haholo ruri, empa feela joale ha ke leseling la taba ea lengolo leo u buang ka lona.  Kaha joale le ‘na ho na le nako eo ke ileng ka ba sieo, ke fumane litaba tsena li se li ntse li le tjena.  Ke na le pelaelo ea hore e se ke eaba li susumelitsoe ke lona lengolo leno, ebe ha le ka ba la utloahala ka tsela eno eo le ngotsoeng ka eona kapa eo le neng le ngotsoe ka eona, e se ke eaba ha lea hlaka, ho ile hoa utluoa eka le ne le hlile le re Molula-Setulo oa College of Chiefs e-be Setho sa Business Committee.

Empa hee, ke taba eo re tla e batlisisa.  Ke utloa litaba tsa hau Setho se Khabane li le bohlokoa, e le ts’isinyo ea bohlokoa eno.  Ke taba eo ke utloang eka re tla eletsa Boetapele ba Ntlo ena e Khabane hore bo ke bo e’o lula fats’e bo hlahlobe litaba tseno bocha, hobane ke utloa le fana ka monyetla oa hore re ntlafatse le Botho ba Komiti eno; e se ke eare joalekaha ho na le batho ba itseng ba fumanehang ka thata, ba ile mabakeng a fapakaneng u fumane hore re phutla ka mokotla hore re etse quorum

Ha ke etsa mohlala – le letsatsing lena ho latela ba sieo, ha re na ho etsa quorum, empa ha re ntlafalitse Botho, mohlomong taba eno e tla re thusa hore re n’o tsebe ho kopana ha ho na le litaba tse potlakileng kamoso.

Ka bokhuts’oanyane lengolo ha ke leseling la lona, feela ke lumela hore e ka ‘na eaba le se le le teng, ke na le pelaelo ea hore e se ke eaba ke lona le susumelitseng hore ebe litaba li sebelitsoe ka tsela ena e tjena. 

Leha ho le joalo, re tla lula fats’e re le Boetapele ba Ntlo re shebisane taba eno, le hore na re ka tseba ho e sebetsa ka tsela ea mofuta ofe.

HON. SENATOR S. MOTSAMAI:  Ntlha ea Tsamaiso, Mohlomphehi.  Ntate, ha re na internet ha re fumane tlhaloso.  Kannete boiketlo ba rona ka mona ke taba ea bohlokoa haholo.  Ha internet e le teng re tseba ho potlakisa ts’ebetso le hore re tsebe ho bona na re etsa joang.  Kannete, Ntate, ha ke tsebe hore na ebe, kapa ha ea lefelloa, re tsebe ho joetsoa hore ha ea lefelloa, mohlomong re tle re kolekele Ofisi re bone? Ha ke tsebe,  empa Litho li ka ‘na tsa ikotla lipokotho hore e tle e tsebe ho ba teng. 

Kannete ha re na internet, joale ho thoe e jooe ke Ntlo e ‘ngoe kapa ho thoe e ‘ngoe kapa ho thoe’ng? Re kopa tlhaloso e hlakileng.

MR. VICE-PRESIDENT:  Ehlile hothoe ho joalo, Ntate, ho bonahala ho na le pelaelo ea hore ekare joale ha ho sebetsanoa le internet ka mane, e ka ‘na eaba e ile ea ama lithapo tsa rona ka mona. 

Ke hlalosetsoa hore lefapha la rona la IT le se le ntse le sebetsana le taba eno hore litaba li boele malulong.  Kea ts’epa hore kapele ka mokhoa oo ho ka khonahalang ho tla ba joalo.

HON. SENATOR S. NKUEBE:  Ntlha ea Tsamaiso, Mohlomphehi.

  Kea leboha, Ntate.  Ntlha eo ke emang ka eona ke ea hore Litho tse Khabane tsa Ntlo ena li ne li ile tsa ts’episoa li-tablet, ntle le tsona tsa boela tsa ts’episoa li-disk tsa linomoro polata tsena tsa Senate.  Joale re bona ho se nko ho tsoa lebina hore na boriki bo hokae, hoo ba bang re seng re bile re nahana hore lits’episo tse ling tse tla etsoa kamoso re se re tla lula re nahana hore, ache, kannete re mpa re joetsoa feela, ha ho na ntho e tla tsoela-pele.

MR. VICE-PRESIDENT:  Ke bona ‘M’e ‘Makhotso a ntse a ncheba, kea kholoa o ne a batla ho tla nthusa, feela joale ha ke tsebe hore na ha a etse joalo ke’ng hore ke arabe litaba tsena.

Setho se Khabane, ke kopa ho qala ka ena ea li-disk. Ke hopola pele re koala ho ile hoa etsoa litsebiso khafetsa tseo ho neng ho thoe Litho tse Khabane li tlise litokomane tse ileng tsa boleloa.  Ha ke sa hopola le hore na e ne e le life, empa ho ile hathoe Litho li tlise litokomane e le hore Litho li tsebe ho lokisetsoa.

Ke hopola hore Litho tse ling li ile tsa etsa joalo, eaba Litho tse ling ha li li tlise, joale eaba ho etsoa litsebiso tse ling hape hore bane ba sa tlisang litokomane ba ts’oarelletse ba bang.  Haeba ho ntse ho na le tse salletseng morao, ke kopa hore ho Tafole re tle re e’o sheba hore na hana ho hlokahala’ng, le hore na hana li lokela ho fanoa ho mang. 

Ke ne ke nahanne hore Tafole e tla atamela ho ‘na ho mpolella hore na ha na li ne li fanoa ho mang, re tle re tsebe ho thusa Litho tse Khabane tse salletseng morao hore li mpe li fumane litokomane tseno kapa li-disk tseno tsa tsona, Litho li se ke tsa ba le bothata ba likoloi tsa tsona.

Ntlheng ena ea li-tablet re ne re ntse re bua le ba ‘Muso hore e bonahala e re tlisetsa liphephetso tse ngata haholo, ‘me ha re fumane lebaka la hore na hobane’ng e sa kenella ka har’a Gazette ea li-benefit tsa Litho tse Khabane.  Re ile ra eletsa hore taba ena e kenelle ka har’a li-benefit tsa Litho tse Khabane, hobane joale re bonahala re tlameha ho reka li-tablet tseno lilemo tse ling le tse ling tse peli, feela joale ha lia kenngoa ka har’a Molao.

Taba eno ke bone e tlisetsa Clerk bothata bo boholo haholo ha a kopa hore li rekoe mane Lekaleng la Lichelete.  Ke e ‘ngoe ea litaba tse ntseng li etsa hore re batle hore Paramente e ikemele, e be le chelete ea eona, e se ke eare ha Litho tse Khabane li batla lits’ebeletso tse itseng, ebe ke hona Senate se e’o kokomala Ofising ea Letona la Lichelete, ho e’o etsoa kopo hona teng.

Eo ke e tsebang ke ho re ehlile o imetsoe haholo, o sokola haholo ha a il’o kopa mane hobane ka nako e ’ngoe o hlalosetsoa hore chelete ha e eo. 

Empa hee, kea kholoa re tle re fumane tlaleho ea morao-rao hore na boemo ke bofe ba litaba tsena tsa li-tablet, hobane ke e arabile ke sa fumana any brief from the Table.

HON. SENATOR S. NKUEBE:  Potso e nyanyeletsang, Ntate.  Kea leboha, Mohlomphehi.  Kannete ke utloa tlhaloso ea hau, Ntate, empa ho fihlile tlhokomelong ea ka hore ho na le Litho tse fumaneng li-tablet hona ka har’a Ntlo ena e Khabane, ho na le tse sa li fumanang.  Ebe ho ne ho shebuoe ho ipapisitsoe le’ng hore ba bang ba li fumane ebe ba bang ha ba s’o li fumane?

MR. VICE-PRESIDENT:  Kea leboha, Morena oa Liphakoe.  Ehlile u opile khomo lenaka, ho na le Litho tse reketsoeng li-tablet.  Litho tse reketsoeng li-tablet ke tse ncha tse qalang ho kena ka har’a Ntlo ena, tse ncha Paramenteng ena ea Leshome le Motso o Mong.  Ka ntle ho Litho tseo tse ncha, ke ntse ke hlalosetsoa hore kaha chelete e ntse e lokolloa ka mekhahlelo, rea sokola, ke utloile ho thoe ho se ho qaluoe ka Balula-Setulo le bona ba se ba reketsoe.  Boemo ke bono, Ntate.

Kannete eo ke e tsebang ke ho re ehlile re sokola haholo Lekaleng la Lichelete mane ho latela tlaleho eo re e fuoang ke Clerk, eo re ee be re re, che, kea kholoa ke ho re rona re le Bookameli ba Ntlo ke ho re re ke re e’o kopana le Letona la Lichelete re utloe hore na le re thusa joang.  Thuso eo ‘na ke ile ka ba eletsa hore re e etse ke ea hore re tle re kenye taba ena ea li-tablet ka har’a li-benefit, hobane ka har’a Gazette ena ea Members’ of Parliament Regulations e phatlalatsoang selemo le selemo, ena e nang le salary and benefits – ho na le li-benefit ka mono, ‘me ha li sokolise hobane li etsetsoa Likhakanyo tsa Lichelete.

 Lintho tse sa kenang ka mono, ha u li etsetsa Likhakanyo, li ponngoa habonolo, ha ho qala ho ponngoa Budget, ho fokotsoa habonolo, ho fokotsoa nq’a e ‘ngoe koana.  Empa mono kaha ho batla ho sireletsehile, re ne re ile ra kopa hore kaha joale re tlameha ho fana ka li-tablet tsena mohlomong lilemo tse ling le tse ling tse peli, hoa nepahala hore re fane ka tsona ka tsela e nepahetseng, e seng u fumane hore joale re fana ka tsona mohla ho nang le karolo ea Budget e setseng.

HON. SENATOR K.L.K. THEKO:  Mohlomphehi, it is a follow up.  Ke ntse ke batla ho utloisisa hore na is it in order hore ha u bua taba, ha re u botsa potso, nako eohle u eme, kapa should you be answering u ntse u lutse, hobane u le Molula-Setulo?

  Ke nka e le taba ea – che, it is humility ea hau ea botho, feela taba ke ho re na Molao oona o re’ng ntlheng eno, ka taba ea Bolula-Setulo ba hau mono moo u lutseng.  Hore nako ee kaofela leha re u botsa ntho e nyenyane, ebe u ntse u ema!  Is that in order?  Na e ngotsoe kapa ke ntho e phelang na?

Ha ke mono hakaalo, ke ne ke mpa ke botsa ke feta, ha hoa tlameha hore ho engoe u e’o sebeloa, u ‘ne u thetsoe!

Taba e kholo eo ke neng ke bua ka eona ke ho re u ke u be articulate, u hlalose hore na hore Litho li ncha in the new Parliament, what does that mean?  Ke bolela hore u re tsekisa hobane re le permanent Members, joale bana ba tlang ba nka lilemo tse hlano, u tla ‘ne u re arole le bona ka li-status le li-benefit?

I had thought hore five-year period ha e fela le ts’ebeliso ea eona tablet eo e-ea fela le eona, and I deserve a new one in the new era of the Parliament e ncha?  Ak’u e hlalose, Mohlomphehi oa ka.  

Now, it even makes it worse, haeba ho ka thoe e fela in three years, empa re lula for five years.  It means that we use it in the second or the last term of the Sitting of Parliament. Re se re ntse re sebelisa lintho tse shoeleng tse seng li se na boleng.  A k’u hlalose ts’obotsi le kutloisiso ea hau, Ntate, kaha khale kannete u le teng, etsoe khale u le kakapa ea litaba tsa bosebeletsi.

Ka hona re ne re re u re hlalosetse hore na in your own understanding u bolela eng ha u re ba bang ba bacha? Ke hobane ke nka hore re bacha kaofela Parementeng ena! Kapa u re tsekisa hore re Marena?  Is that what you are fighting us over, ho re, ‘hobane le Marena le tla tlameha ho lula mono le se na lintho tseno, re fa batho bana ba Molimo ba iphihlelang’? 

A k’u itlhalose hantle, Ntate, re ke re utloe, hle, ka hlompho le boikokobetso!  I am not trying to tax you ka lipotso tse ngata, feela a k’u hlalose re tle re tsebe ho lula re tseba hore na e bolela’ng taba ena! 

Che, le eno leha u ka qopetsa ka eona ea ho ema hore na ebesale, ke ho re ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe eo re e buang u tlameha ho ema!  Oele! Ke utloa e le ho u khathatsa ka tsela e khethehileng.

Kea kopa, Ntate, a k’u hlalose ena kannete ea five years or three years or the life span of the tablet.  Haholo hobane re se re bile re ntse, in our Standing Orders re na lentho eo ho thoeng ke ATC e seng e sa lebelle hore re sebetse ka pampiri hantle-ntle, haeba re sebetsa ka tsoelo-pele ea sejoale-joale.

Ak’u hlalose, Ntate, hore na what do you except ha u re ke ba fihlang, rona re ba khale. A k’u re etse classify hantle, Mofokeng e motle!

 Kea leboha, Ntate.

MR. VICE-PRESIDENT:  Kea leboha, Morena oa ka.

 Ke kopa hore ke qale ka ena eo u itseng e nyenyane.  Yes, e nyenyane empa ha e nyenyane hakaalo, e ntse e le kholo, ena ea ho ema.  Taba ea ho ema ke ho hlompha.  Ntlo ena ke e Halalelang, ke Ntlo ea bohlokoa haholo, le Litho tse ka mona ke Litho tsa bohlokoa haholo, ke ts’oanela hore ke bue le tsona ke eme. 

Ke ‘nete ha ho na litemana tsa molao tse ntlamang hore ke eme, empa hee, kannete ‘na ke utloa ke lokela ho ema, etsoe le mangole a ntse a lumela, ha a s’o hane ha ke ema; mohlang ke utloang a hana ha ke ema, kaha joale ke tla be ke se ke le tloaelitse hore ke eme, ke tla hlalosa hore ke kopa hore ke bue ke ntse ke lutse fats’e.  Empa hee, kannete mangole a sa ntsane a lumela, kahoo ke  tla tsoa ke ntse ke ema nako eohle ha ke bua.

Tabeng ena ea bobeli, Morena oa ka, hantle-ntle morero oa Ntlo ea Senate kapa morero oa Boetapele ba Ntlo ea Senate e ne e le hore le rekeloe li-tablet kaofela hoa lona ho se ke hoa ba le ba li hlokang.

Taba ena ea ho hula ka thata haholo, ho hula ka boima haholo ha ho tluoa litabeng tsa Likhakanyo tsa Lichelete, ke eona e re qobellang hore joale ho ‘ne ho sebetsoe taba ena ka ho tsoepela.  Tebello ke ho re pele Selemo sena sa Lichelete se fela, re tla be re khonne hore, haeba re sa qeta kannete, ke na le tumelo ea hore re tla be re qetile boholo ba Litho re ba reketse tsona.

Re ile ra mpa ra qala ka bano bao re ileng ra nka hore ba kena ka har’a Ntlo ena lekhetlo la pele, ba se na li-tablet, ke mokhoa ona re ileng ra re re ba rekele tsona, hobane ba ileng ba kena Paramenteng e fetileng re ne re ile ra li rekeloa kaofela, empa hee, rea tseba hore e ka ‘na eaba kannete tse ling li se li shoele, e ka ‘na eaba ho se ho na le mathata ka tsona.  Tebello ke ho re re le rekele tsona.

Hantle-ntle hona joale taba ena ea li-tablet ha e na leano, ‘Muso ha o na leano litabeng tsena, re ntse re li reka feela, leha re entse qeto ea hore Paramente ea Lesotho e sebelise marang-rang, ‘me taba eo e tlama hore le be le li-tablet sebakeng sa hore joale re tsebe ho kena Paramenteng le ka marang-rang.

Joale feela ha re na policy litabeng tsena e hlileng e otlolohileng. Ke ka hona re neng re re ‘Muso o e fetole policy e hlakileng hore na li tla fumanoa ka mor’a nako e kae.  Lebaka e le hobane re ithutile hore na li ka phela nako e kae, ebe li etsoa replace ka mor’a nako e kae.

Ke ka hona re elelitseng hore li kenngoe ka har’a li-regulation tsa ‘Muso so that ebe taba e hlakileng eo re ntseng re sa sokole hore ebe joale re tla tlameha hore re e’o li reka ka chelete e kathoko, eo e leng ho re ha ho qala ho fokotsoa feela, nako ena kaofela ha ho qala ho fokotsoa feela ho fokotsoa tsane tse kathoko.

Re ne re batla hore e tle mona moo e leng ho re chelete ea teng e tle mona moo e leng hore ho sireletsehile so that re tseba hore re le rekele li-tablet nako eohle ntle le bothata ba letho re sa kope chelete Lekaleng la Lichelete nako ena kaofela.

Joalokaha ke hlalositse, ha re na policy holim’a tsona, empa li-phone tsa Bahlomphehi tsona ‘Muso ona o na le policy ea hore li ts’oanela hore li etsoe replace kamor’a lilemo tse peli.

Ho nts’o ka ba bohlokoa hore le tsona li-tablet tsena li etsoe replace kamor’a lilemo tse peli e le hobane ho ngotsoe, ho e-na le policy e teng e hlakileng ea ‘Muso litabeng tsena.

Kea kholoa ke e arabile, Mohlomphehi.

Kea leboha.

HON. SENATOR S.K. MASUPHA: Kea leboha, Mohlomphehi.

‘Na taba ea ka e batla e se ha kaalo-kaalo tabeng ea sello sa rona re le ka hare ho moaho ona. Taba ea ka ke bona e ka ke taba eo ke bonang eka e nts’oentse, Mohlomphehi, hobane ha re sheba ka har’a jarete ena, kamorao ka mona re na le palo e kholo e jereng motlakase o mongata, ‘me palo ena e kholo e jereng motlakase ona o mongata ke bona tlase ho eona mane ho na le joang bo ommeng. Joang bona bo ommeng, nakong eo ho hloekisoang sebaka sena, bo tlohelletsoe hona mona moo kotsi e leng hona teng.

 Ke mpa ke re, Mohlomphehi, na e be ho hlokomelehile hore na taba ee e kotsi ha kae haeba ho ka etsahala (banna e se ka mpa ea etsahala) hore setlokotsebe se fetang ka tsela se akhele thutsoana ea mollo mono joalokaha re ee re bone hore hangata moo joang bo leng bo ngata, batho ba na le ho seba e be ba akhela mollo mono?

Palo eno ha e ka ea angoa ke mollo ke ts’aba hore e ka ‘na ea tla ama moaho ona oa rona, oona ona o seng o ntse o tsofetse, Morena oa ka, joale re tla hloka moo re kenelang teng.

Na e be taba ee e kekeng ea hlokomeloa kapele ke Motsamaisi hore joang boo bo mpe bo tlosoe kapelenyana kamoo ho ka etsahalang hore phoso e joalo e se ke ea etsahala, Mohlomphehi?

Kea leboha.

 Ke taba eno e kaalo.

HON. SENATOR M. MOTSAMAI: Kannete ‘na ke ne ke ratile ho ema ha u nts’u bua, Ntate, empa kaha u ile ua re ruta li-Standing Order, kea tseba hore ha u eme ke nako eo u nang le matla ‘ohle, ‘me ke tlameha hore ke u hlomphe ha u eme, empa ha u ne u lutse ke ne nka ‘na ka kena-kenana le uena,

Ke ne ke  re na, Ntate, ha u bone e ne e ka ba boikeletso bo nepahetseng hore u nke litaba tsena mofao?

Ke ‘nete u lekile ho re araba, empa tsena tse amanang le budget u li nke mofao e le hore le tle le il’o li qoqa ofising ebile le sheba hore na mokhoa oa lona oa ho susumetsa mane moo e-bang li-benefit na ke bo mang ba ts’oereng litaba tseo joale le tle le tsebe hore ha le khutla le tl’o tla beha Ntlo leseling ka more of a comprehensive report ea hore, yes, le shebile pele, la bona monyetla oa hore ha li ea holimo mane moo e bang li-benefit –  moo le tla beng le se le tsamaea le Leader of the House le tsebe hore le tla be le il’o etsa engage le eena hore, ae, kannete! Re bona ntho ena e le tjena le tjena ka mabaka ana… Ha a le hlotse e be le tseba hore le khutlela ka koano.

Ke nahana hore ha e le joalo, Ntate, e tla ba bohlokoa haholo mohlomong hore re e nke ka hore e il’o oela mono ka tsela eo  ke buang ka eona, ‘me ea linako ehlile le ‘na ke lumellana le Morena oa ka oa Thaba-Bosiu hore gadget efe kapa  efe lilemo tse tharo li ngata bophelong ba eona, hobane le eona technology e lula e fetoha.

Ekaba bohlokoa bo boholo hore ha li shejoa litaba tseo mohlomong ha re kenyelletsa le li-phone, ka ho fana ka li-phone tse ngata Morena oa ka mona, ha ke ne ke mo kenyelitse phone e le ‘ngoe feela e tla jara simcards tse peli a se ke a imeloa.

So, ke utloa e ka tsa li-phone le ka il’o li bua le hona mono.

Ke ne mpa ke ema ka taba eno feela, Ntate.

Kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Litho tse Khabane.

 Ke ne ke re ke qale ka litaba tsa Morena oa ka oa Sehlooho oa Lioli. Taba eo u buang ka eona e bohlokoa haholo, Mohlomphehi, hobane ke e ‘ngoe ea litaba tse ka re bakelang kotsi e kholo haholo.

Ha u bua ka eona ke ile ka nahana hore re na le batho ba sebetsang jareteng mona Senateng, ba hloekisang, empa joale ea re ha ke ntse ke nahana ka eona, hore mohlomong Ntate Clerk a ka hla mo laela hore a il’o hloekisa moo, ea ba kea ipotsa hore na ho ts’ireletsehile hakae hore e be o nka kharafu o il’o hloekisa mono, na ha ho hlokahale beng ba thepa eo, hobane jarete ke ea rona feela thepa ha se ea rona and ke thepa e kotsi eo ha a ka sebetsa hampe mono ea ba o ntse a cheka mono ka kharafu, a tlotsa lintho tseno mono, a ka ‘na a hlaheloa ke bothata e be joale re tl’o tla re sokolana le mokhoa oa ho mo ts’elisa ha re lokela ho etsa joalo.

Kea kholoa ke hore boeletsi bono boo u faneng ka bona bo bohlokoa haholo. ‘Na ke ee ke bone moo ho nang le thepa e ts’ireletsoang sebakeng sa mollo ho tlosoa litlama-tlama mono e-ba mobu feela mono; joale ke hore re tle re bue le ba ikarabellang re utloe hore na re ka sebetsa taba eno joang, ‘me re leboha taba eno ea hau, Ntate, re tla thetsana le bona ka liofisiri tsa rona kajeno re utloe hore na ba re tataisa joang, na motho oa rona a ka sebetsa mono ha ho letho le kotsi kapa re  emele bona hore ba tl’o tla ba hloekisa mono, hobane ehlile ua bona jarete e tletse, ba bang rea tsuba le setompi re ka se lahlela mono eaba se ntse se tuka se kekela mono eaba se baka mollo,. So, kannete ke leboha litaba tseno tsa hau.

Honourable Senator Motsamai, ke ananela taba ena hore re e nke e le mofao, feela hee ke ne ke itse re se re e behile ho ba nts’ang Gazette hore re kopa ho nolofatsa mosebetsi ona hobane e thatafetse ka mane ka National Assembly le ka mona; ha se ka mona feela.

E thatafetse ka Matlong ana a mabeli, ha e na tsela e hlakileng ea ho e reka. Batho ba ts’oanela hore ba be le tsona and ha re rate ntho eno, joale re ba elelitse, ‘me hoo re ka ho etsang ke hore kaha re hlokometse hore Gazette ha es’o tsoe ke hore re lule re ba hopotsa hore, hela! Hopolang hore ha le nts’a Gazette le  se ke be la siea taba eane!

Ke hoba sala morao feela.

Litho tse Khabane, re lebohile haholo kannete. Ntlo e tla phomola ho fihela hosane ka Laboraro ha hora ea leshome e fetile ka metsotso e mashome a mararo hoseng.

ADJOURNMENT

There being no further Business on the Order Paper, Mr. Vice President adjourned the House without Question put, pursuant to Standing Order No. 16 (3).

The House was adjourned at 11:53 a.m.