Litho tse Khabane, ke le lumelisa le ho le amohela Phuthehong ena ea Borobeli, ea Seboka sa Pele sa Paramente ea Leshome le Motso o Mong, ka mor’a Phomolo e telele ea Keresemese.
Re leboha Morena Molimo ha e le mona O ntse O re bolokile bohle, re boetse re kopanang kajeno Selemong se secha sa 2025. Ke ts’epa hore le bile le phomolo e monate, e se nang lits’ititso tsa letho.
Litho tse Khabane, re qala Selemo sena naha ea rona e tobane le litlamorao tse bosula tsa phetoho ea Leholimo tse kenyeletsang lipula tse matla tsa likhohola, mocheso o nts’ang koena bolibeng le komello e bakileng tlhokahalo ea lijo masimong le metsi libakeng tse ling.
Tseo tsohle li bolela hore maemo a tlala a tl’o mpefala ho feta Selemong sena, ‘me re boetse re kopa ‘Muso ho etsa khahlametso ea lijo-thollo le ho imolla Basotho boemong bona ba litaba.
Re thoholetsa Polelo ea ‘Muso e khothaletsang Basotho hore ba sebelise lipeo tse mamellang komello, ho cheka matamo molemong oa ho bokella metsi a noesetsang le ho etsa mesebetsi e meng ea temo.
Re khothaletsa hore ho etsoe boithuto bo tebileng mabapi le ts’ebeliso ea mahlale a morao-rao, a ho nesa pula libakeng tse angoang ke komello haholo ka hare ho naha.
Re lebelletse ka ts’epo ho bona qeto e entsoeng ‘Mokeng oa Machaba oa Kopano e neng e le holim’a Phetoho ea Leholimo (The United Nations Climate Change Conference Cop-29), ea ho theha letlole la lichelete le tl’o thusa linaha tse thefutsoeng ke litla-morao tsa phetoho ea Leholimo joaloka naha ea rona ea Lesotho.
Bahlomphehi, re boetse re thoholetsa ‘Muso oa rona o ileng oa tlola maoala ho khoba sechaba mats’oafo le ho bona hore naha e ithusa joang ka morao ho qeto eo Naha ea Amerika e e nkileng ea ho khina lithuso tsa eona linaheng tsa lefats’e.
Re ntse re na le ts’epo ea hore le ena ea tlhokahalo ea mesebetsi e tla fumaneloa pheko, leha e ke ke ea eba haufinyane, kaha ho tla ba boima haholo.
Re ithutile hore ke nako joale ea hore re le sechaba re tiise ho ikhoholla bofumeng, etsoe Mosotho a ne a nepile ha a re: “mphe-mphe e-ea lapisa, motho o khonoa ke sa ntlo ea hae”.
Litho tse Khabane, re boetse re ts’oenyehile haholo le ho ba tsitsipanong ke sekhahla seo litlolo tsa molao tsa tlhekefetso ka motabo le lipolao tsa basali li phahameng kateng ka har’a naha.
Ho ea ka litlaleho tsa Sepolesa tlhekefetso le lipolao tsena li nyoloha le ho ata haholo. Mahlatsipa a kenyeletsa le masea a likhoeli li ts’eletseng le lipolao tsa basali ka sehloho.
Oele, Basotho! E ea kae baneng! Ho senyehile kae moo re ke keng ra lokisa! Ena ea lipolaeano e khutlisetsa mane moo Morena Moshoeshoe I a re nts’itseng teng, ea mehla ea malimo le lifaqane. Rea ipiletsa sechaba sa Moshoeshoe, ha re boeng sekoele, hle!
Litaba tsena li bonts’a hore botho bo felile, re se re phelisana joaloka linyamatsane. Ruri maemo ana a hloka Baruti ka Lithapelo tse matla, hobane Sepolesa le Makhotla a Molao ba sebetsa kathata ho leka ho thibela litlolo tsena tsa molao, empa ha li theohe!
Re le Paramente re lokela ho ikeletsa ho hlahloba bocha likotlo tsa litlolo tsa molao, hore li be boimanyana ele ho ts’abisa litloli tsena tsa molao.
Bahlomphehi ba ka, re ntse re le Leetong la Tlhopho-bocha ea Molao oa Motheo joale ka ha le tseba. Le tla hopola hore Sets’oants’o sa Molao oa Sehlomathiso sa Leshome sa Molao oa Motheo (Tenth Amendment to the Constitution) se ntse se sebetsoa ka Ntlong.
Har’a tse fuperoeng ke sona ke ho matlafatsa litsi tse lisitseng ts’ebetso ea ‘Muso (oversight bodies) le hore Paramente e ikemele (autonomy) tsamaisong ea eona le licheleteng ka ho theha Komisi e Ikemetseng e tsamaisang ts’ebetso ea Paramente (Parliamentary Service Commission).
Ho feta hoa Sets’oants’o sena ho tl’o akofisa ts’ebetso ea Paramente ea ho bona hore ‘Muso o phetha lits’oanelo tsa oona, tsa ho isa lits’ebeletso sechabeng le ho fokotsa leqeme la tlhokahalo ea mesebetsi.
Letona la Lichelete le Meralo ea Nts’etso-pele, Mohlomphehi Dr. Rets’elisitsoe Matlanyane o tekile Likhakanyo tsa Lichelete tsa 2025/26 ka Ntlong ea Bakhethoa. Re ntse re lebelletse hore o tla tla ka Ntlong ea Senate ho tla re tekela litaba tseo.
Ho bohlokoa hore re chakeleng likateng tsa Likhakanyo tsa Lichelete tsa Selemo se fetileng,ho fumana likatleho le liqholotso tse sitisitseng hore Meralo ea Makala a abetsoeng Lichelete nakong eo ebe ha e-ea phethahala.
Ha re ikhotsofalitse, re tla ts’epa hore Kabo ea Lichelete ea Selemo sena e tla sebelisoa hantle, ho ea ka Meralo e boletsoeng ke Makala.
Taba e bohlokoa haholo Kabong ea Lichelete tsa Selemo sena ke hore na sekheo se siiloeng ke ho huloa hoa lithuso ke naha ea America ‘Muso o tl’o se koala joang hore Bophelo ba Basotho bo se ke ba ba tlokotsing.
Litho tse Khabane, nakong ena eo re neng re le Phomolong re bile le Litlaleho tsa Mafu a latelang:
- Lefu, la eo e kileng ea ba Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo ena ea Senate ho tloha ka selemo sa 2007 – 2012 e leng Mofu Mohlomphehi Hlomohang Morokole, ea hlokahetseng ka la 23 Pherekhong, 2025 ka mora’ bokulo bo bokhuts’oanyane.
O bolokuoe Semmuso hona mona Maseru ka la 7 Hlakola, 2025.
- Re bile hape le Lefu, la eo e neng e le Mongoli (Personal Secretary) Ofising ea Motlatsi oa Mongoli oa Ntlo ea Senate e leng Deputy Clerk, e leng ‘M’e ‘Mamolemo Moleko, ea hlokahetseng ka la 10 Ts’itoe, 2025 ka mora’ bokulo ba nako e telele. Eena o bolokuoe ka la 21 Ts’itoe, 2024 Ha Thamae, Maseru.
Litho tse Khabane, joaloka tloaelo, ke kopa re emeng, re khutse motsotsoana ho isa Tlhompho ho bahale bana ba seng ba re siile!
(The House observed ‘A Moment of Silence’)
MADAM PRESIDENT: Rea leboha, Litho tse Khabane.
Meea ea bona le Meea ea balumeli bohle ba falletseng e phomole ka khotso Mohaung oa Molimo.
Bahlomphehi, ke qetella Puo ena ka ho lokolisa ts’ebetso e seng e entsoe ke Ntlo ena e Khabane ho tloha ha e ne e lula ka mor’a Phomolo ea Boipuso, ho fihlela ha e ne e phomolela Keresemese Selemong se fetileng, ‘me eona e latela joana:
1. Lits’oants’o tsa Melao
Re fetisitse Sets’oants’o sa Molao sa Centre for Accounting Studies Bill, 2024.
2. Melaoana
Melaoana e ka Komiting ea Ketsa-Molao ke e latelang:
- Financial Institutions Computation of Capital Charge for Credit Operational and Market Risks, Regulations, 2023.
- Tobacco and Alcohol Products Levy, 2023.
- Central Bank Collective Investments Scheme (Amendment), Regulations, 2023.
- Local Government Transfer of Functions (Amendment), Regulations, 2023.
LIPOTSO
Re se re bile re thoholetsa le Matona a Khabane ka ho araba Lipotso tsa Litho tse Khabane ka hare ho Ntlo ena.
Ho arabiloe Lipotso tse robong (9), hoa chechisoa tse tharo (3) kahar’a Lipotso tse neng li botsitsoe tse leshome le metso e ‘meli (12).
LITS’ISINYO
Ntlo e fetisitse Lits’isinyo tse ‘ne (4).
Litho tse Khabane, ke oona mosebetsi ona o entsoeng ho fihlela re e-ea Phomolong ea Keresemese.
Ke boetse ke thetha Puo ea ka ka ho le khothaletsa ho kena ts’ebetsong ka mafolo-folo haholo Sets’oants’ong sena sa Molao oa Sehlomathiso sa Leshome sa Molao oa Motheo, etsoe sechaba se le shebile ka mohau hore re se etsetse toka kamehla.
Hopolang, Bahlomphehi, hore ha rea shejoa ke Basotho feela ts’ebetsong ena ea rona, le Molimo o re abetseng Boeta-Pele bona o re shebile ka leihlo le sa panyeng. Ha re bueng le matsoalo a rona hee, Litho tse Khabane, hore re etse mosebetsi o tsoileng matsoho.
Ea ho qetela, litabeng tsa ka, Litho tse Khabane, ke ena ea ho se tle mosebetsing hoa ba bang ba Litho tsa Ntlo. Ke kopile Mongoli oa Ntlo, e leng Ntate Clerk, hore a re etsetse “Attendance List” ea Litho kaofela ka Likomiting le ka hare ho Ntlo hore a tle a tsebe ho le abela tsona, motho ka bo mong a tsebe ho itlhahloba, ‘me taba eo e reretsoe hore re tle re tsebe ho bua le matsoalo a rona hore ha re filoe mosebetsi re se ke ra sitisa ts’ebetso ea Ntlo ena, ra siteloa Basotho ka lichelete tsa bona tseo ba re lefang ka tsona.
Ka mantsoe ana ke re seho se llile, Litho tse Khabane. Mohoma temeng!
KHOTSO! PULA!! NALA!!!
