PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO
SENATE CHAMBER
Tuesday 11th November, 2025
The House assembled at 10:30 a.m.
(MR. VICE-PRESIDENT in the Chair)
PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer
ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR
MR. VICE-PRESIDENT: Litho tse Khabane kea le lumelisa le ho le amohela le lona bohle moo Gallery.
Ke na le litsebiso tse robeli kaofela tseo re tla qala mosebetsi oa kajeno ka tsona. Honorable Senator Motsamai ke belaela hore re ntse re ts’oere morethetho, Ntate, hobane ha ke s’o utloeu etsa complain esale u complainer khajana hore ha rea ts’oara morethetho ha re hlaha mane re kena mona.
Ha u ntse u thotse tjena pelaelo ea ka ke hore litaba li ntse li tsamaea hantle.
Litho tse Khabane, litsebiso tse robeli tseo ke nang le tsona ke tse latelang:
- Ea pele, Litho tse Khabane, re na le pampiri ea tsebiso (Notice Paper,) ea phomolo e khuts’oane eo ke kopang le e fuoe le ithute eona.
- Re boetse re na le litlaleho tsa Komiti ea litletlebo tseo le li romelletsoeng ka marang-rang hore le tsona le ithute tsona pele li kena ka Ntlong ka Labone la 13 Pulungoana 2025. Tsona ke tse latelang:
- Report on Petition by Livesstock Farmers on Rampant stock Theft.
- Report on the Petition by Tsoapo-Le-Bolila Community on Damage to Properties due to Road Construction.
- Athe hang ha Ntlo e phomola kajeno, Komiti ea Ketsa- Molao e tla kopana ka koano ka Chamberle makala a amehang malebana le tse latelang:
- Tourism Levy Regulations, 2025
- LMPS Administration Regulations, 2025
- Food Fortification (Amendment) Regulations, 2024
- Children’s Protection and Welfare (Amendment) Bill,2024
- Ha e le hosane Litho tse Khabane ka Laboraro la la 12 Pulungoana 2025 , Komiti ea Ketsa-Molao e tla kopana lijong tsa mot’seare le Lekala la Lichelete le Meralo ea Nts’etsopele malebana le Melaoana e latelang:
- Toll-Gate (Amendment) Regulations, 2025
- Value Added Tax Regulations,2025
- Income Tax (Amendment of Monetary Amounts) Regulations, 2025
- Public Pocurement Regulations, 2025
- Ka Labone la 13 Pulungoana 2025 , Komiti Ketsa-Molao e tla kopana hape hang ha Ntlo e phomola ho na ka Chamberka mona le Lekala la Trade Industry and Small Business ha ‘moho le Energy ka tatellano ka Melaoana e latelang:
- Business Licencing Regulations, 2025
- Explosives Regulations, 2025
- Fuel control Service Regulations, 2025
Hona ka Labone lona leo Komiti e tla hlahloba le ho ananela Tlaleho holim’a Sets’oants’o sa Molao sa Children’s Protection and Welfare Bill, 2024
- Ka nako e ts’oanang hona ka Labone, Komiti e Lisitseng Boits’oaro ba Litho, e leng Committee on Ethics and Code of conduct e tla kopana hona mona moahong oa Ntlo ho e ‘ngoe ea li office ho tla hlahloba mosebetsi oo Komiti e ntseng e ts’oarane le oona oa ho bopa tokomane e tla tataisa Komiti ho phetha mosebetsi oa eona hantle le ka ponaletso.
- Tsebiso e etellang ea ho qetela pele ke hore, Litho tse Khabane, le memeloa thupelong ke Lekala la Bohahlauli, Lipapali le Bochaba ka Labone la 20 Pulungoana 2025, e leng bekeng e tlang ka hora ea borobong hoseng, sebakeng se tla boleloa ha morao. Thupelo e tla ba holim’a Sets’oants’o sa Molao oa Tsamaiso ea Litaba tsa Lebollo Sa 2025. Ke kopa hore le fuoe programme ea letsatsi leo la 2025 hammoho le kopi ea Sets’oants’o seo sa Molao seo e leng hore thupelo e tla be e ts’oeroe holim’a sona bekeng e tlang ka li 20, joalo ka ha ke hlalositse.
- Ea ho qetela, Litho tse Khabane, ke hore Elitepath Laboratory, ka kopanelo le Maseru Private Hospital, e le memela ketekelong ea National Wellness Day e tla ba ka Moqebelo oa la 15 Pulungoana 2025 mabaleng a sepetlele seo sa Maseru Private ho tloha ka hora ea bosupa hoseng (07:00a.m) ho fihlela ka hora ea leshome le metso e ‘meli (12:00) mots’eare. Mokete o tla qala ka motsamao oa boithapollo, o lateloe ke tlhatlhobo ea cervical cancer le prostate cancer, aerobics sessions, health talks, and motivational discussion le wellness education.
Ke tsona litsebiso tse robeli tseo re neng re na le tsona tsa kajeno, Litho tse Khabane
Next Item, Mr Clerk!
MR CLERK: PROCEEDINGS ON SUBSTANTIVE MOTION AND BILLS
MOTION
MOTION 47: NEED TO ENHANCE FOREST-BASED SOCIO-ECONOMIC BENEFITS.
That this Honourable Senator urges the Gorvenment of Lesotho to conduct feasibility study on plantation of trees for timber production and enhance forest-based socio-economic benefits by resuscitating project for the production of timber and wood products using reserved forests. As the project was piloted at Phomolong (Popa and Ha Rampoetsi). Reserved forests in the country should contribute to poverty eradication by providing employment for our youth.
HON SENATOR S.M. MAAMA: Kea leboha, Ntate Vice-President. Ke ne ke re, Ntate oa ka _ ebile ke mpe ke re, Ntate, ho latela tsebiso ena ea Legal Notice ea Monday 07 July, 2025 e nts’itsoeng ke ‘Muso moo o neng o hlalosa hore bohle re nke tlhokahalo ena ea mosebetsi esitana le ho lahleha hoa mesebetsi e mengata re ho nke e le koluoa…
Ka mantsoe a mang re latela khoeheletso eno ea ‘Muso ebile re ipapisa le eona hore re nahane bosiu le mots’eare hore na ebe tlhokahalo eno ea mosebetsi na ebe re ka e fenya joang, re ka e loants’a joang.
Ke ne ke batla ho ea morao-nyana ka Tlhaiso ena e behiloeng mona ka pel’a Ntlo ena e Khabane ea ka ea kajeno. Ke ne ke bonts’a mona, Mohlomphehi, hore ‘Muso o mong le o mong o lulang Litulong ha o lula feela o na le Meralo ea nako e telele, o na le meralo ea nako e khuts’oane.
‘Muso ka nako e ‘ngoe oa be o rera hore meralo eno eo ba tl’o tla ba e etsa ho ka etsahala hore ekaba lilemo tse 10 kapa tse 15, kapa ea eba lilemo tse 20. Ke ntse ke bua ka meralo eane ea nako e telele hore u ka tla e phethisa kapa ua e phethahatsa u ntse u le litulong.
Ka nako e ‘ngoe u ke ke ua e phethahatsa ka mabaka a naha ea rona eo re tsebang hore ke naha ea Democracy, ‘me e na le bolokolohi bohle ba hore le Tona-Kholo ka nako e ‘ngoe a ka tlosoa le ka Paramenteng.Joale ho fumanehe hore ha a phethahatse meralo ea hae ea nako e telele; e phethahatsoa ke ba latelang, ba tlang ka morao. Le ba ka bang le thahasello e joalo ea ho ntšetsa meralo eo ea nako e telele kapa ba e lahle, ba iketsetse ea bona.
Empa ke batla ho tla ho ena ea ‘Muso oa nako e fetileng. Meralo e ne e etsoe mona ka lifate tsena tsa liphaena. Ke seke ka re lifate tsa liphaena, ke re Meru ea liphaena. Meru ena e ne e le ea liphaena. Morero le sepheo sa mongá kapa mothehi oa Meru ena, kea kholoa e mengata, Ntate Vice-President. Literekeng tse leshome kaofela Meru ena e teng. Feela ke meru e khethehileng hobane e phatlalalitsoe ka Gazette hore Meru ena e itseng, e entsoeng group setereke ka setereke, ke Meru e tl’o jaloa ka mokhoa o khethehileng molemong oa ho re etsetsa mapolanka.
Che, ke ee ke bone morao tjena e se e fetoloa le ea patsi, empa morero le sepheo sa mongá Meru eno o ne a e etselitse hore naha ea Lesotho e tl’o hlahisa mapolanka. O ne a entse hore e tl’o hlahisa mapolanka ho fana ka mesebetsi ho Sechaba sa koano, esitana le hore batho ba batlang ho rulela ba rulele ka mapolanka a hlahang ka hare ho naha.
Morero le sepheo e ka ‘na eaba o ne a ntse a shebile hore mapolanka ana ao re a rekang a tsoang ka ntle ho naha a imetse batho haholo. Ke hona re qalang ho elelloa hore le lerako o ka tloha ka lona, empa ha u fihla holimo eaba le u tsielitse. Joale morulelo ono o etsoa boturu ka lebaka la litjeo tse boima tsa ho rulela. Rona ka hare ho naha ena re na le liphaena, tseo re ka beng re ntse re betla mapolanka ano.
Morena Leabua (ebile ke ne ke sa batle ho bua ka lebitso la hae, Mohlomphehi Motlatsi oa President) ka 1974, lifate tseno tsa hae li ile tsa jaloa ho isa ho 1980. Ba bangata ba ea tseba hore ka nako eno ‘Musi e ne e le mang.
Akere joale bothata ba teng, Ntate Vice-President, ha u qala u bua ka hore Ntate Leabua o ile a etsa botle bo itseng, Ntate Mosisili a etsa botle bo itseng, Ntate Matekane kajeno a etsa botle bo itseng, ba ratang ho toloka ba ka u toloka hampe feela, ba re u Leneshenale!
Ke leboha, Ntate Vice-President, hobane Ntate Leabua ka nako eno o ile a tsoa eaba o tsoela Sechabeng. Eaba ehlile o nka naha, o etsa litumellano le Marena le Sechaba. O nka naha e kholo a e sebelisa, a jala lifate tsena. Lijarete tseno ebile li ne li terateloa ka terata. Morao tjena ha u ka potoloha Lesotho Literekeng tsena tse Leshome u tla elelloa hore literata tseno ha li sa le eo. Li se li le kahará malapa a rona, empa ka terata ho ne ho etselitsoe hore Balisana le batho ba bang ba tsebe hore sebaka seno se sireletsehile, ‘me ha hona liphoofolo tse ka isoang ka mono, hobane ho jetsoe lifate tsa liphaena. Hofihlela li hola eba lifate tse kholo ebe joale ke hona mohlomong ho ka buleloang liphoofolo ho kena ka moo.
O ne a entse tumellano eno ea hore ‘na ke tla jala, ke holise lifate. ‘Na ke tla nka 80% ho mapolanka ao re tla be re a entse ka mono, Sechaba ebe se nka 20%. Tumellano eno e ile ea ngoloa ea tsamaea e le joalo ho fihlela hajoale ha ke bua le uena.
Lifate tseno, Ntate Vice-President, le temo ea tsona feela e ne e le turu, e ne e se temo feela. E ne e se lifate tsena tseo re fihlang re li jala feela ka nako ea Lipitso re furalla. E ne e le lifate tse neng li lengoa ka terekere. Terakere ena ea hae e ne e tsamaea ka sekara se le seng, e qaqapollotsa hore e il’o likela koana. Joale ebe rona Sechaba re tla ka morao re jala lifate tseno.
Ka ho tšoana leha ho hlaoloa e ne e tla tla e tsamaea ka thoko ka mono, joale ebe Sechaba se tla ka morao se ntse se hlaola lifate tseo, ho ntse ho hiroa batho ha ho ntse ho etsoa joalo. Leha lifate tseno li etsoa cut, li tlosoa makalana hobane lifate tse etsang mapolanka ke lifate tse lulang li hloekisoa nako eohle, hore li tlosoe makala a siuoa holimo feela hore li otlolohe, li ee holimo sebakeng sa tlhahiso ea mapolanka.
Eleng hore ho ne ho se na nako ea phomolo, Ntate Vice-President. Ea ba batho ba hlaolang – ke se ke buile ka eona hore le tsona lifate tseno li ne le hlaoleloa. E leng hore nako eohle li ne li lula li hlokomeloa, ho ne ho se na nako eo ho luloang feela lifate li sa hlokomeloe hofihlela li holile kajeno, Ntate Vice-President.
Ke bua ka meru ena e phatlalalitsoeng. Kea kholoa ha ho thoe meru e phatlalalitsoeng batho ba bangata ba ke ke ba utloisisa hore na meru e phatlalalitsoeng ke eng. Ke e hlahang ho Gazette ena ea Forestry Act ea 1998. E hlahile meru ena kaofela hoa eona: Mohale’s Hoek e na le Meru, Maseru e na le Meru, ebile e ea tšabeha, Leribe e ea tšabeha, Thaba-Tseka e ea tšabeha, Butha-Buthe haeno koana Likileng e ea tšabeha! Ke Meru eo Ntate Leabua a neng a e khethile hore e tl’o tla e etsa mapolanka.
Leha ho le joalo, Ntate Vice-President, ke ne ke leka ho bontša hore ‘Muso o hlahlamang ono ka’nete o ile oa etsa boiteko bo boholo ka mokhoa o makatsang, oa Ntate Mosisili ka Letona Ralechate ‘Mokose.
O ile a thakhola lifate tseno a batla ho etsa teko ea hore na lifate tsena tsa ‘Musi enoa ea fetileng na li ka etsa mapolanka a phethahetseng a boemo. O ile a e leka Ntate Letona la mehleng Ntate Ralechate ‘Mokose (moea oa hae o phomole ka khotso) kaha e ne e le motho ea itekang haholo eno.
E ne ebile e na le bothata ka nako eno, hobane ebile ho ne ho batloa mochini, kaha ba ne ba se na mochini ka nako eno. Naha ea Lesotho e ne e se na mochini ono oa mapolanka. Mochini ono oa mapolanka o ne o hiroa South Africa koana, joale o huloa ka koloi e o isa sebakeng sena seo hothoeng ke sa Phomolong koana Popa (Ha Maama) o fihla o kotula. Le ona ha o kotula joalo, Sechaba sea hiroa mono, hobane lifate tseno lia pongoa, ha li qeta ho pongoa li boetse li khutlela mochining. Ho ntse ho hlokahala matsoho a Sechaba mono. Joale ebe mochini ono o fihla o seha mapolanka ano.
Ntate Ralechate o ne a entse mapolanka a mangata ka mokhoa o makatsang, a mang a se a bile a fepisetsoa hardware, le lipalo tse ntšo tsena! O ne a sebelitse ka mokhoa o makatsang. O ne a sebelitse ka mokhoa o tšabehang Ntate Ralechate ‘Mokose Pusong eno ea Tona-Kholo Pakalitha Mosisili. Ruri moea oa hae o phomole ka khotso, hobane o ne a sebelitse haholo.
Joale hona joale tjena, Mohlomphehi, ho latela phatlalatso ena e entsoeng ke ‘Muso mona, ea hore re nke tlhokahalo ena ea mosebetsi e le koluoa, mechini kahará Lekala la Forestry hona tjena e ‘meli. Ke hore hona joale tjena ho huloa ka bobebe, kapa li tsamaea ka bobebe haholo, hobane mechini e ‘meli.
Ka nako e ‘ngoe ebile ho se na le seomisi. Seomisi kea kholoa ba se sokola Maseru mona. Joale hona tjena le seomisi se omisang mapolanka ao se teng Lesotho mona.. Le batho ba batlang ho se bona ba tla se sheba mono, ho na le Lekala lena la Forestry moo ho thoeng ke sales-yard, ha u ea mono Selika-likoeng ka holimo, ke hona moo ba rekisang lipatsi tsa bona le tse ling.
Mechine eno kaofela hoa eona e teng mono, e ‘meli le seomisi. Eleng hore, Mr. Vice-President, re re ka’nete ka Lekala lena re ka phahamisa Moruo. Ha re batle le hore re koale le mapolanka a tlang ka koano, empa re ne re re ‘Muso o ke o etse khato, hobane Ntlo ena kea boeletsi. O ke o etse khato ea hore o ntše Lekala lena le ke le iponahatse hore na le ka sebetsa joang.
Ke Lekala leo ha le ka tlatsetsoa ka mokhoa o matla, le ka fokotsang tlhokahalo ena ea mosebetsi e teng ka hare ho naha ka mona.
Ha mechini eno e ‘meli e ka isoa literekeng tsa South, e meng e ‘meli ea isoa North, eaba e ‘meli e sala mona, ekaba tlhahiso e tšabehang ea mapolanka kahará naha ka mona!
Ke ho re lepolanka feela rafter ea 5.5 metre kea kholoa e ka etsa M 200. 00. Joale u s’o ka ikopanyetsa hore na haeba u se u reka mapolanka a 100, joale price e le M200. 00 na u ntša chelete e kae.
Joale empa u tla lemoha hore ‘Muso ha o rekisa oona ha o rekise ka liphaello tseno tse phahameng hakaalo-kalo. O rekisa hore batho kaofela hoa bona ba fihlelle litjeo tseno tsa mapolanka.
E leng hore thapeli kapa kopo ea rona e ntse e le hore ‘Muso o ke o kene khoebong ena ea hore o thusetse Lekaleng lena la Forestry ka matla hore le ke le hlahise mapolanka. Lifate tsena tsa liphaena, bo ‘Me’ le bo Ntate, leha Lihoai tsa rona li re ha li li batle liphaena tsena li senya lekhulo, li etsa lintho tse ngata, feela li etsa lintho tse ngata tse ntle ka mokhoa o makatsang.
Ka makhasi a tsona feela litsebi li bontšitse hore na makhasi a teng a ka etsa eng. Ke ho re ka sona sefate seno feela hore na melemo – ntle le mapolanka ana aa re a fumanang sefateng sa phaena, lintho tseo re li fumanang tse molemo ke life…
Mona ba re uses of fine pine leaves, ke makhasi ano: Hothoe a ka thusa in improving blood circulation. Ka makhasi ano a liphaena feela, hore makhasi ano feela a ka thusa sebakeng sa taolo ea mali. Joale li boetse hape lia fetana, li ngata, Ntate. Hona le pine tree ena e boetse e hlahisa lintho tseo ho thoeng ke li-cone, ‘me li-cone tseno ke lintho tse likorolana, tse likutunyana tjena, tseo kahare ho tsona ka mono ho nang le… rona re ne re re ke bo mmampete-pete kapa li-nuts.
Li-nuts tseno tsa ntho eo hothoeng ke pine tree li sebetsa lintho tse ngata ka mokhoa o makatsang! Hothoe li ka sebetsa to maintain eye health, reduce cancer risk, make weight lose easier. Ke hore ke lintho feela tse ngata feela – bo it supports diabetes management, decreases heart disease risk, keeps your bones strong. Ke litholoana tseno tseo u li fumang kahar’a ntho eno eo ho thoeng ke cone kapa koroloana ka Sesotho.
Ke ne ke re, Ntate, ke bonts’ítse melemo ea lifate tsena tseo ho thoeng ke piner, hore lintho tsa teng – che, ke lintho tse khuts’oanyane feela tseo ke li batlileng, empa li etsa lintho tse ngata ka mokhoa o makatsang! Joale ke ne ke re ke kopo-thapeli ea ka, Ntate, ea hore ‘muso ona o teng hona joale ke oona oo re o shebileng hore o ka phethahatsa litaba tsena tsa mebuso ena e fetileng.
Ho ke ke hoa thoe ke lintho tsa Morena Leabua, hobane batho ba tla be ba li phethisa kapa ba li phethahatsa e tla be ele ‘muso o teng kajeno, eleng oa Ntate Matekane. Ke hore e-keke be eare mapolanka ane a ileng a hlaisoa… motho a neng a theha lintho tseno – che, ke tloaelo e teng ea Basotho hore morero ona ene e-se oa hae.
Motho a li phethahalitseng ke eena eo- eseng ele mong’a morero ono, haeba o qetelisa mosebetsi o neng o se o ntse o le teng. Ke hona re neng re re, Ntate, ka ‘nete, hle, re se re re ‘muso o Khabane o mpe o be pelo-nolo hore morero ona o moholohali oa tlhahiso – bana ba eme feela, Ntate, ka ‘nete!
Bofutsana bo ikakhetse kahare ho malapa- batho ba ba batla ho haha empa ho haha hono ho se ho le boima ka mokhoa o makatsang. Re re ‘muso haeba o ka kena lipakeng eaba o thusa Lekala lena la Forestry le seng le ntse le ithusitse, hobane mechine e se e le teng, e-se ele ho eketsoa feela hore tlhahiso ea mapolanka e mpe e be teng koano, mapolanka a etsetsoe kahare ho naha ka mona, a rekeloe ka mona kahare ho naha – re sa koale mapolanka a tsoang kantle ho naha, hobane ona ka ‘nete re ke ke ra a koala, hobane tlhahiso ena ha re tsebe na ho latela lifate tsa rona na e ka re nka nako e kae!
Ka nako e ‘ngoe e ka nna ea se ke ea re nka le lilemo tse peli feela eaba re se re felletsoe, empa joale re se re koetse mapolanka. Mapolanka a tla nne a kene joale ebe ‘muso ka nq’ena le oona ke ona o ka buang le li-hardware tseo ebang li ka rekisa mapolanka ano a bona, ele lebitsong la ‘muso, feela re a nka ka litheolelo tse batlang li le tlase haholo ho latela hoba li teng kahare ho naha ka mona.
Ka mantsoe ana ke ne ke re, Ntate, joale le ona ke hore hona joale haeba lifate tsena, Ntate Vice President, li se li bile li ntse li cha — balisana ka nako ena ea mariha u tla fumana musi o s’o nts’o kubella hona mono. Ho chesoa chelete ena e tlohang sebaka sa ho tloha mona u il’o likela koana St Joseph ele meru eno feela!
Joale re se re re kannete haeba meru ena joale ha e na molemo ha e ke e mpe e fuoe batho ba bang, hobane ona molao oona oa Forestry Act oa 1998 Section 21 (1) o hlakisitse hore na haeba ‘muso o se o e-na le bothata ba hore ebe o hlahisa mapolanka na ‘muso o ka etsa joang. Joale molao ona o totobetse hore na ‘muso ke lekhalo kapa tsela efe eo o ka e nkang,o tlameha o tsoe ka lekhalo le feng.
Section eno eo ke buang ka eona ke Government Forestry Enterprise, ‘mehothoe: ‘The chief forestry officer shall advice the minister on the transfer of ownership control and management of any forestry enterprise owned or run by the government to individuals, groups of individuals, communities organisation or cooperatives, as the case may be, through notification published in the gazette, when, in his opinion, such individuals, groups of individuals, communities, organisation or cooperatives, as the case maybe, have the required resources and management expertise in this regard’.
Mona section ena e itlhalositse, Ntate Vice Presisent, hore ka ‘nete haeba ‘Muso o ka ba le thahasello o ka fetisetsa moru ona ho batho ka bo mong, ho likoparasi, ho batho ba ka rekang meru ena hore e re tsoalle molemo.
Ka mantsoe ana ke ne ke re ‘na, Ntate Vice President, ke ne ke khothaletsa ‘muso oabo rona hore ka matla, kannete, ha o ke o kene tlhahisong ea mapolanka ele taba ea ho fokotsa tlhokahalo ena ea mosebetsi. Lifate tsena li bohlokoa haholo kahoo re li baballe. Le Marena a ka, ke ana ke bua moo a leng teng – li teng kahar’a litereke tsa bona.
Ke itse phatlalatso ena e-ea bontsá hore literekeng tsa bo Mohale’s Hoek, tsa bo hokae, lifate tsena tse phatlalalitsoeng li teng, ‘me li ne li tsírelelitsoe ke ‘ona Marena. Ka 2005 ha batho bana ba Local Government, ba na ba Macanselara, ba kena, li ile tsa boetse tsa senyeha haholo, hobane Marena a ne a se a re a hula matsoho mono litabeng tseno, hobane li se li le ho Macanselara. Eaba lifate tseno li kubella mesi, l lia tuka hohle literekeng, hobane joale ho se ho sena batho ba ts’ireletsang meru.
Ka ‘nete ke tokelo ea rona, Marena a ka, hore ho bohlokoa hore re sireletse lintho tsena molemong oa sechaba sena. Kannete le tabeng ena ea seahlolo sa ‘muso le sechaba kannete 20% eno ‘na ke bona ele nyenyane haholo; entse ele hore le eona, haeba re khutlela litabeng tsena tsa hore ho betloe mapolanka, e ke e shejoe; bonyane ba mpe ba fuoe 30%.
Feela empa, hee, ka ‘nete mapolanka ano a ne a le mangata, a ne a siuoa motseng haholo, hobane le motho u n’u sa a qete u n’u bile u rekisetsa libaka tse ling. kaofela tikoloho eno e ka mono e haile ka mapolanka a neng a tsoa phomolong, a hlahisitsoeng kahare ho naha ka mona.
Ka mantsoe ana ke ne ke re, Ntate Vice President, ha ke buile ha kana ke mpe ke eletse ‘muso oa h’eso – o utloile kea tseba ke ‘muso o nang le tsebe, mohlomong kamor’a likhoeli tse tharo kapa ka mor’a likhoeli tse kae o tla phethahatasa litaba tsena hore ka’ nete re bone lerole le qoba le mechine ena e lutseng mono Lekaleng la Temo’s Yard e sebetsa, re bone ebile e ekelitsoe ka e meng hape-hape joaloka ha ke elelelletsoe hore ‘muso oaka o khabane le litabeng tsa temo kannete ke batho ba ts’oarang haholo.
Literekere ke tseno tse sa tsoa fihla hona tjena tse 500 – le ka tlhahiso ea selemo sona sena re ne re ntse re bua le Letona mona hore ke tlhahiso e ntle ka mokh’o makatsang. Ka’nete e ntse ele ka mesebetsi ea bona. Ke ho re ‘muso o mong le o mong, Ntate, ekaba ‘muso oa Morena Leabua, o ne o ntse o na le mefokolo ea oona, empa ona le makhabane, ekaba ‘muso oa Ntate Mosisili o ne o na le makhabane o na le mefokolo ea oona. Le oona ‘muso oa Ntate Matekane o tla nne o be le makhabane a mangata, empa kahare o nne o be le mefokolo.
Ke litaba tsa puso li ba joalo, lia khibela, ha hona moo li phethehalang ka linako tsohle, ‘me ka’ nete empa batho ba babusi ba lemoha ha ba ile ba thijoa, ba eletsoa, b’a khutla.
Ka mantsoe ana, Ntate, ke ne ke re ka ‘nete ke elelitse ‘muso oa h’eso mohlomong o tla latela boeletsi bona bo tla fanoa ke Ntlo, kea leboha.
MR VICE PRESIDENT: U buile ha monate haholo!
Ke lebetse ho botsa pele u qala mosebetsi ona oa bohlokoa mona hore na, as I normally do, hore ebile kea tseba hore ke Labobeli kajeno, ‘me ha ele Labobeli ke letsatsi le mona la Cabinet meeting,’me taba eno e bolela hore Mohlomphehi Letona le ikarabellang litabeng tsena tsa meru ekanna eaba ha a teng, empa as I normally say tebello ea ka ke hore ebe Bohlanka ba ha habo bo teng, hobane litaba tsena tse buuang mona, tse bileng li tl’o tla li bua ka botebo bo boholo ke litaba tse bohlokoa ka tsela e khethehileng.
Ke ne ke re pele ke kopa ea u tlatsang ke ile ka bona hore Morena Peete o ile a phahamisa pele, empa hee le Morena Khoabane a etsa. Ke ne ke re pele ke fa Morena Peete ho u tlatsa nke ke botse hore na Bohlanka bo teng moo – ba ke ba phahimise matsoho Bohlanka ba Forestry nke ke bone matsoho feela hore bohlanka ba Foresty bo teng?
Ha bo eo, ha ke tsebe hore na ke rona ba sa ba tsebisang kapa na ho etsahala’ng, feela, hee, haeba ho na le lintho tse buuang tsa bohlokoa tseo eleng li policy issues, joale ebe ha li phethahale, bothata bo qala hona mona moo ho nang le gap lipakeng tsa batho ba buang Policy le batho ba e phethahatsang.
Ha ho buuoa Policy, – litaba tse bohlokoa tjena tsa Policy tse reretsoeng ho ntlafatsa naha, joale batho ba tlamehang ho liphethahatsa ba le sieo ba sa bonahale, sometimes ba se even interested, ke hona moo probleme qalang hona teng hona mono, ke hona moo failure e qalang hona teng, joale its worse ha ho tluoa ka ho Executive, hobane ha ele Executive e buang ka litaba tsena media le marang-rang ba tla qalella hore, hee, ba leshano batho bane! Ba itse ba tla etsa tjena le tjena le tjena, empa ha ho etsahale letho!
Hona tjena Ntate Morena oa ka oa Ha-maama o thetsitse litaba tsa bo hore litaba tseno li ke li nyolloe from 20% li isoe 30%, ‘me ke litaba tsa bohlokoa haholo tseno tseo boemeli ba Lekala bo neng bo ts’oanetse hore ebe bo teng ka mona.
E-re ke se ke ka bua lolololo ke fe Morena Peete a tlatse litaba tsena, re tle re tsebe ho kena ho tsona.
Morena Peete.
HON. SENATOR P.L. PEETE: Ha ke u lebohe, Ntate Vice President.
Kea u hlompha, Ntate, ke hlompha Bahlomphehi Litho tse Khabane tsa Ntlo ea Mahosana, ke hlompha Mohlomphehi Setho se Khabane mong’a Motion ona.
Ntate Vice President, ke ema mona, Ntate, ke tlatsa tlhahiso ena ea Setho se Khabane Morena oa Sehlooho oa Ha-maama, kaha tlhahiso ena, Ntate, ke tlhahiso e matla haholo.
Ntate Morena oa ka Morena oa Sehlooho oa Ha-maama, mong’a tlhahiso, o re har’a tse ling taba e kholo eo a buang ka eona ke hore bana ba Basotho ba kene sekolo, ba balile, ba mangolo-ngolo, ba bang ba na le litsebo, feela ka lineo tsa Molimo fela ba ntse ba tsamaea mona ha ba na mosebetsi. O re tlhahiso ena ea hae – mong’a eona o re har’a tse ling e thusa ‘muso ona hore bana ba Basotho ba tsoe bofumeng.
Rea tseba re na le lipalo tse holimo haholo tsa bana ba ntseng ba lutse metseng mane ho sena mesebetsi, hobane private sector ha e khone ho ba etsa absorb, ‘muso ha u khone ho ba etsa absorb kaofela, empa ka litlhahiso tse kang tsena tsa Mohlomphehi Setho se khabane ‘muso o bohlale o ka nka keletso ea mofuta ona, hobane ke keletso e kholo haholo.
Ntate Vice President, tlhahiso ea lifate e na le bohlokoa bo pharaletseng haholo. Bohlokoa ba tlhahiso ea lifate, Ntate, re hlokometse hore hona joale tjena re phela nakong eo re chenchetsoeng ke boemo ba leholimo (climate change) and rea tseba hore lifate li bapala karolo e kholo haholo – kapa limela ka kakaretso, empa lifate haholo-holo, hobane re na le meea e itaolang, re na le li-tsunami hona joale tse ka fihlang tsa ruthutha Maseru ena tsa e liha fats’e; ntle le hore ebe re tlabe re its’erelelitse ka liema-hala tse kang lifate.
Lifate, Ntate Vice President, tabeng ea leholimo li na le karolo e kholo haholo eo li e bapalang. Ntate Vice President, ‘na le uena, kea tseba re tla hopola hore tabeng ea tlholeho mohlomong lintho tse kang bo pula joalo limeleng li nka karolo e kholo haholo.
Morena oa Sehlooho oa Phamong, lifate li nka karolo e kholo haholo, hobane ho na le karolo e hlahang lifateng, e nyolohang from fats’e, eo lifate tsona li e nts’ang mane e le vapour, eo etlare ha e ntse e pota-pota mane sepaka-pakeng e b’e qetelle e le pula.
Re ee re bone mona ka nako e ‘ngoe‘, Morena oa ka oa Ha Maama, ha ho ome, khoroo! Leha re re, re lemme e-ba lijalo tsa rona ha li atlehe ka lebaka la tlhokahalo ea pula, empa lifate rea bolelloa ke ba tsebang ho re li bapala karolo e kholo haholo tabeng ea hore pula e be teng.
Kea tseba Ntate Morena oa ka mong’a Tlhahiso o buile mona hore re ka sebelisa motlakase. Re ntse re bua mona hore re iketsetse Energy e ‘ngoe ho fapana le ena ea motlakase, ‘me joale lifate li ka sebetsa haholo sebakeng sa ho etsa safe Energy ea motlakase.
Eleng ho re, Ntate, re tla be re sa fosa haeba ‘Muso o ka ikeletsa hore o eketse lifate sebakeng sa fire-wood le fuel, hobane re ntse re re, re leke ka hohle-hohle, lintho tsohle tse silafatsang leholimo, tse kang li-petrol tse kang li eng le li eng, re li fokotse.
Eleng ho re, Ntate, mong’a Tlhahiso o fumane boeletsi bo botle kapa o ikelelitse hantle, kapa hoa bonahala o entse research e lekaneng hore a ba qetelletse a eletsa ‘muso hore o bone bohlokoa ba hore ho be le lifate.
O buile ka tlhahiso ea mesebetsi. Hakere o buile Ntate Maama hore lifate li etsa pampiri ena, e ntseng e etsa circulate ka har’a Ntlo ka mona? Re etsa li- Order Paper ka eona, ‘me e tsoa sefateng. Eleng ho re molemo oa sefate o mongata haholo!
Ntate, desk eno eo u lutseng ho eona, Ntate Vice President, re ntse re bua ka lifate, re bua ka patsi mono, re bolelloa hore lifate li na le fibre e ka sebetsang sebakeng sa ho etsa liphahlo. Eleng ho re ha ho hlokahale hore ebe re entse stick holim’a lifeme tsena tseo re reng ke tsa liphahlo, tsa textile, feela ebe ha ho na mohla re ka ra lumellang menahano ea rona hore e ke e be broader, re shebe lintho tse ling. Ke mokhoa ona, ke thoholetsang Morena oa Ha Maama haholo ka Tlhahiso ena ea hae, Ntate, hore re ke ke eaba re ntse re ingama-ngama re le naha, re le Babusi re re mesebetsi ha eo, re re Economy ea Lesotho e fats’e, empa ho na le lintho tse ka etsuoang.
re ke ke ra re feela, ntho eo re e etsang mona Lesotho ke lifeme tsena feela tsa textile, tseo e reng Machaena ha a rata ka nako eo e ’ngoe, Morena oa ka, re ka tsohang ba itsamaetse, u fumane hothoe lipalo tse holimo haholo tsa banna le basali ba sebetsang ka mono li setse, batho ba setse feela, ebile nako e ‘ngoe ba sa ba patala le ho ba patala, ba tsohe feela ba nyametse…[Laughter]!!!
…makholo-kholo a batho a se a se na mesebetsi, a robetse ka la maobane a ntse a tseba hosane a ntse a ea mosebetsing, e re motho ha a re oa fihla mono mosebetsing a fumane ho sena letho!
Ke hobane ekaka re, lipere tse mona tsa kariki, re kentse liokhotlelapa re le naha kaofela le boeta-pele le babusi ba eona. Re ichebetse feela lifeme tsena tsa liphahlo. Morena oa Sehlooho oa Ha Maama kajeno o fahlolla ‘Muso hore o k’o bone bohlokoa ba hore ho k’o be le lifeme tse ling tse kholo, tse ka sebetsang mesebetsi e meng e kang lipalo tsena tsa motlakase, tseo re li rekang bo-Durban koana, tsena tse kholo-kholo tsena, Ntate Morena oa ka. Li turu haholo! Ke hore ha re se re tlohella lepolanka lena le u buileng haholo ka matla ka lona, le lipalo tsena tsa motlakase, tse etsang connect ho tloha hohle mona Lesotho lena ka kakaretso, ke Chelete e ngata haholo eo naha e lahleheloang ke eona! Kathe ha e ne e ba rea hlahisa, ho ka be ntse ho e-ba bobebenyana.
Taba e ’ngoe e kholo, Morena oa ka, eo ke ratang ho u hopotsa ka eona, eo ke tsebang hore ua e tseba ke hore liphoofolo tse hlaha li re felletse Lesotho, hobane ha ho sana meru, ‘me haeba re re bophelong motho u hloka phoofolo, phoofolo e hloka semela, ke hore rea hlokana re le lintho tse phelang holim’a lefats’e.
E leng ho re ha meru e le teng, lifate li le teng, re its’ireletse rona re le sechaba khahlanong le li-tsunami tseno, joalokaha ke se ke ile ka bonts’a, moea ono o sekhahla o ka re hlahelang! Re boetse hape-hape re ka sireletsa le wild–life ea rona. Hona joale ha ho sana lits’oene Lesotho mona, ha ho sa na litau, ha ho sana letho!
Ke ne ke re tabeng tsa ecoSystem, kannete, Ntate, re lokela hore re le babusi re eletse ‘Muso, ‘me eseka ha re o eletsa le oona o ka utloa, kaha Tlhahiso ena ea Setho se Khabane e matla haholo.
Ke tlatsa Morena enoa oa ka, Ntate, ho re eke ‘Muso o ka bona bohlokoa ba Tlhahiso ena ea hae.
Kea kokobela
Question Proposed
HON. SENATOR K. L. K. THEKO: Kea u leboha, Mohlomphehi, leha ke ne ke sa phahamisa letsoho, empa ke ne ke pentse ntho e khubelu ke ena.
Ke ne ke re, Mohlomphehi, ha hona le potang hore Morena oa ka oa Manonyane o entse lipatlisiso tse tebileng, tse matla, tseo ho bonahalang hore le ka molao o ba tlile, a ba fumana hore na molao oa Lesotho o r’eng ka litaba tsena tseo a li bolelang. Joale ha a fella mona, empa ebile o fumane hape le hore na ‘Pine’ eleng sefate seo a khobotlileng holim’a sona, na se molemo hakae, ka the main Medicinal Products tse nang le melemo e ka thusang, ea ba ea phekola le motho. Ka hona, ka ‘nete ‘na ke babatsa ts’ebetso eno ea mor’a Letsie ha a e butsoisitse joalo; hoa bonahala hore ho thola hahae ka linako tsohle empa ele kotsi eo a nang le eona hore re se ke ‘ne ra mamella kapa ra shebella motho ha a thotse, ra nahana hore ha a na letho – o kotsi!
Ka nako e’ngoe, hothoe: ‘divine minds come in small packages s’, ‘me o bonts’itse Morena hore ka ‘nete o na le lihale tse ts’abehang, tsa kutloisiso e tebileng ea lintho tseo a li bolelang. Ke ho re ebile o ipiletsa ho ‘Muso oa habo o re, Morena Leabua o entse moo a sebelitseng, Ntate Mosisili o entse moo a sebelitseng (mohlomong le Ntate Mokhehle kea kholoa empa a ile a mo lebala feela, le Ntate Thabane) ‘me he, e mong le e mong o entse lap ea hae, a matha moo a mathileng, o entse mosebetsi.
Ntho e kholo feela ke hore o bua ka hore ho be le paballo kapa le qalo ea lifate, eleng the greening ea Lesotho. Hoo ke ho tsebang le ho hopola ke hore Moshoeshoe II had some passion ka taba eono ea the greening of Lesotho, ‘me le eena o ile a ba le passion eno ea hore ho be le mokhoa oa hore ho be le lifate, ho apesoe Lesotho ‘Ma-rona.
Ka hona, ‘na ke re kaofela hoa bona ba phetse, ‘me paballo ea bona hore na Lesotho le apesoe joang nka rata ho bua ka Morena Leshoboro Majara eo re tsebang litaba tsa hae mono ha habo Maqhaka ka paballo eo a ileng a ba le eona ha ho ne ho le hobe haholo. Ke buile eka kea soasoa ha ke ne ke re, batho ba Congress Party ka nako eno ba ile ba hlasela haholo taba ea ho fothola lifate, ele mokhoa oa ho batla ho senya temo ea lifate. Mohlomong ba ne ba bona ho re ho tla ba le katleho, ‘me he, joale hoa ba hoa sebelisoa separetlele ho re ba mpe ba khalemeloe, ba kenyoe sephali, ho re ba tle ba tsebe ho ithuta hore ba hlomphe mosebetsi ono, empa he, ho ile ‘ne hoa tsoeloa-pele joaloka ha ntate a boletse Morena oa ka – o boletse ntate Lincoln Ralechate ‘Mokose hore ke e mong oa banna ba Basotho a ileng a ba matla haholo. ‘Na ke mo hopola a le sekolong sa Leribe High School, a hlile a lema, a sena masooana, Morena oa ka, a hlile a ikitlaelitse a ruta bana ba Basotho le pele a kena pusong, a ba ruta temo le ho sebetsa, joale a tla a tempela ha a se a kene tabeng eo ea temo ea lifate. Ke ho re eona tlhahiso ea lifate le hore li baballoe. li tle li hlaisoe li etsoe cultivate.
Ka hona, kannete ‘na ke rata ho re, ema, Morena oa ka ke se ke sa batle ho senya litaba tsa hau tse ntle tseo u li boletseng tsa hore u bone, ebile u ratile, hobane joale ka ha u bolela, ehlile ekare e qalile haeno Ha Rampoetsi. Ha ke tsebe ke ka lebaka la hore mobu o bile motle ka haeno ka moo kapa e ile eaba moo ho ileng ha khahla motabola jesi hore ho qaloe teng. Empa o ile a ala letsoho Lesotho kaofela a ba le mokhoa oa hore ho lengoe lifate.
Ekaka re ka lema ’moho some of those trees now, ra hlaisa hore pine e hlaise lifate, hoba ha re s’o bone. Joale kaha u bolela kannete re na le leqeme le ts’abehang. Morena oa Mats’ekha o hlakisitse le eena hore bana ba Basotho, joaloka uena Morena oa- ke re ke thabile ha Marena e le ‘ona a buang taba ena haholo, ‘me kea tseba le Litho tse ling li tl’o hlaisa bao eseng Marena. E, leqeme le teng le ts’abehang la taba ea tlhokahalo ea mesebetsi – hoban’eng eka temo ea lifate le technology ea temo ea lifate ke ntho e mpe e eisehang ho bana ba Basotho? Ke hobaneng eka it is a bad technology eo batho ba e tellang hore ho hlaisa lifate e tla ka ke ntho e morao? Na e ke ke eaba ntho ntle ea hore joale re hlaise pampiri, desks, lintho tse ngata tse ka hlaisoang ke pampiri ka har’a Naha ea Lesotho?
Ha u ea bo Eswatini ka hare ho South Africa there are some places moo etlare ha u feta u tla bona lifate tse hlaisitsoeng tse entsoeng logging ea lifate tse ngata bo ts’abehang, ‘me ha u eme moo u tla bona there is a lot of logging and a lot of cutting of trees tseo joale li lokiselitsoeng hore na li il’o etsa mosebetsi ofeng. U s’o nts’o bona na liea kae?
I wish that can be in Lesotho. I pray hore le rona re ke re be le ts’obotsi ea mofuta o joalo ka letsatsi le leng moo libakeng tseo ekang ho ea bo Leribe, Mohale’s Hoek, ho ea libakeng tse ling moo joale re ka lemang lifate ka matla a maholo – ho ea haeno koana Makhoakhoeng, Morena oa ka, haeno koana moo ho bataletseng, joale ebe re etsa lintho tse ntle moo, hobane ho bataletse, ho hotle, ebe re ba le libaka tse joalo tsa masimo a meru ea lifate, tse telele.
Morena o re they get cultivated, li faoloa hore li tsebe hoba telele li be ntle li ee holimo ebe li etsa mosebetsi oo re o batlang o khahlehang. Kapa ebe, banna, li batla weather ea Ermelo feela, mona li ke be tsa mela hore li be ntle joalo? I doubt!
I don’t think the weather could be that different here from Ermelo; I think it is the same. If the weather can be the same le rona re ka tseba ho etsa cultivate that type of tree hore re tsebe ho etsa lintho tsa mofuta o joalo.
Kannete ekare re ka tsoa lets’olo ra lema ka tsela eno e ntle e ka khahlang Lefats’e kaofela. Ke ho re, Ntate, le ho etsa toothpick ke eona ntho eno, ho etsa mollo ke eona! Ooee! Hee, Lesotho ke sono ua tseba! Rona ha hona ntho eo re nang le eona up until today. Ke ho re toothpick ena e hlohlonyang ha nama e entse stuck menong; ke ho re re e batla- ha South Africa e kare no more toothpick in Lesotho re tla tlameha hore re ee mane moo ntja e ts’ets’etsang teng, re il’o nka lehlokoana la teng, re ‘ne re etse share le ntja mono moo e ts’ets’etsang, hobane ba tlabe ba akhamme mahlokoana a bona; ha re na mokhoa!
What happened to that thing, Ntate Motsamai, ea Ntate – hana ke mang motho eo? Tsoapos! Ke eena… haesale a nyamela ha re tsebe hore na what happened, so, we are hunting down that machine hore na ho etsahalang ka oona and we, it’s about time, ke nahana hore sefate seno sa pine se ka hlaisa thousands and thousands of toothpicks!
Kannete, Mohlomphehi oa ka, ha re ba tle ho senya litaba tsena tsa Morena oa Letlaka Pipi la Mokhachane
Sekobotela sa bo Ralets’abisa,
Letlaka la Pipi la bo mor’a Mokhachane,
tlaka ha lefofa le kenya hlooho ka mahafing.
Rea leboha, Morena, ka ts’ebetso e ntle eo u e behang ka pel’a Ntlo ena, likhomo Morena re re pelee ea pele litaba ke tseo. Rea leboha.
HON.SENATOR.M.MOKHATHALI:…. Ke hlomphe Litho tsa h’eso tse Khabane, ke hlomphe le baeti ba rona mane ho la gallery.
Ke ema le ‘na ho tlatsa Motion ona o motle oa hore Naha ea rona e hloka ho apesoa, hobane rea bona letsatsi le leng le le leng ha hoba le pula joale re bona linoka li tletse metsi a mafubelu a bonts’ang hore a hohotse mobu. Re lokela ho apesa Naha ena ea rona e le hore lifate li tle li tsebe ho sireletsa hore pula e se ke ea fihla ka sekhahla haholo mobung ‘me eaba e nka mobu.
Morena oa ka oa Mats’ekha o itse lifate ha li le teng li etsa hore re be le moea o fresh oo re o hemang, li etsa hore re utloe re hlaphohetsoe re tsebe le ho nahana hantle, hobane moea o motle, o hloekileng, o etsa boko bo tsebang ho nahana hantle.
Lifate ha li ba teng li tla re thusa ka hore liphoofolo tse hlaha tse kileng tsa e-ba teng ka har’a Naha ena li tle li boele li khutle li be teng.
Ke batla ho tlatseletsa Morena oa ha Maama ka hona ka hore ena ea lifate tsa pine e hlile ke lumellana le hore li lengoe, feela mabaka ao rea boletseng ke hore li tle li tl’o re etsetsa mosebetsi ka hore ha li le teng joale li tle li lokisetsoe hore li etse mapolanka, joale bana ba thole mosebetsi, le hore ha re etsa meru lebaka le leng la rona ke ho sireletsa Naha ebile ke hore re tle re be le mosebetsi.
Joale ‘n’a ke ne ke tlatsa ka hore empa pine e tle seke ea lengoa hohle, hobane pine ha u e sheba e nka nako e telele haholo ho hola. Ke ho re haeso koana ho na le tse lengoeng holim’a lithaba, hona le ntho tseo ke boneng ka tsona hore Basotho ke batho ba phelang ka liphoofolo tsa likhomo le linku, empa moo pine e lenngoeng ho sena metsi a mangata tlas’a eona ha hobe le joang ho hang.
E leng hore ke mokhoa ona, Morena oa ka, u qeteletseng u re e kanna eaba balisana le bo ramehlape ba qetelletse ba li chesitse, hobane joale li ja joang ba bona.
Ea bobeli eo ke e boneng ke hore ha li lenngoe ka holim’a lithaba ha u ka sheba tlas’a lithaba mono moo e neng e ee ere ha pula e nele ebe hona le bo mochana pula, liliba tse neng li le haufi le moo thaba e lenngoeng lifate tseno lia fela; ha re ea re il’o sheba re tla sheba sefate sa pine liliba li le sieo! mochan’a-pula e-ea fela.
HON. SENATOR K.L.K. THEKO: Mochan’a-pula ke’ng joale?
HON. SENATOR M. MOKHATHALI: Ke liliba tsena tse bang teng ha pula e nele. Ha li’a fela moo li lenngoeng ka tlas’a lithaba, hobane joale sponge sane sa joang ekare ea fokotseha.
Ha re hlokomela taba ena, ha re etsa mosebetsi, ke se ke boletse hore e nka nako e telele. Empa ha re ka sheba hape-hape libukeng re tla bona hore sefate sa phaena ho thoe ka letsatsi le le leng se noa metsi a lipakeng tsa 50L to 80L.
E leng ho re e ka ‘na eaba ho ne ho ntse ho nepahetse mehleng ea khale ha re sa na le pula. Hona joale ka lebaka la hore re se re se na pula e ngata, mohlomong ha ho bobebe hore re li tlatse hohle.
Lebaka la rona ke ho ba le mesebetsi. ‘Na ke ne ke khothaletsa hore ho khethoe libaka moo liphaena li ka lengoang, empa ho be le libaka tse ling moo re lemang lifate tse ka holang kapelenyana. Mohlala – re ka lema lifate tsa litholoana, hobane ntle le mesebetsi feela – ha se le hore ha re hloka mesebetsi re le Basotho le ka mpeng re khots’e; re boetse re lapile le ka mpeng.
Ha re lema lifate tseno tse tla nka nako e telele ebile li noa metsi haholo, ‘na ke khothaletsa hore libaka tse ling li beheloe hore li lengoe lifate tse sireletsang mobu, tse etsang hore moo li lenngoeng teng ho be le lekhulo, li be li re fe lijo, hobane haeba sefate sa perekisi se nka lilemo tse tharo – selemong sa boraro se etsa liperekisi, joale ‘Muso o ka etsa hore makoroteng a masimo joaloka pele ho boele ho lengoe lifate.
Ka mona ka Mafeteng ke ee ke utloe hothoe ke mankanisi, empa ‘na haeso Mats’ekheng hothoe ke makorota. Ho boele ho lengoe lifate tsa liperekisi hobane li nka lilemo tse tharo feela. Haeba li lenngoe, mono masimong li boloka mongobo. Ha makoroteng ho ka boela hoa lengoa lifate, empa e bile ho ja e se bothata, le bana ba tsoang sekolong ba utloang ba lapile ba fapohela le mono, ba ka khola liperekisi, ebile re ka boela ra li rekisa tsa re etsetsa chelete.
Ke bone hape-hape hore ka hobane re batla ho apesa naha re ka lema le lekhala. Morena oa ka oa Mats’ekha o itse tse ling re ka etsa liphahlo ka tsona. Re batla mesebetsi joale kaha Morena oa ka a boletse oa Ha Maama hore re batla ho lema lintho tse ka re etsetsang mosebetsi.
Lekhala lena le leputsoa ha re le shebile, haeba re ka le beha sebakeng se le seng, eaba lea lengoa le le lengata, le hola kapelenyana, ha le hloke ts’ebetso e matla, feela re se re le bone hore le na le meriana e mengata.
Re ka le rekisa le e’o etsa linoa-mapholi, re ka le rekisa le e’o etsa litlotso, ebile le ka har’a naha ka mona re se re ntse re bona ha batho ba bang ba le sebelisa ho etsa litlotso. Ha u ile ua itlotsa ka litlotso tse entsoeng ka lona, kannete lebala lena la hau le ba letle hona hoo.
Ha ho na lebaka la hore re e’o reka litlotso, re nke chelete e nyenyane re e’o reka litlotso empa re na le lekhala le leputsoa le ka etsang hore ebe re ka ba le litlotso le lijo ka lona.
Lekhala leno hape le boetse le tseba ho etsa liphahlo. Ha u sheba linaheng tse ling u tla utloa hore likhoele tseno tsa teng li sebelisoa ho etsa liphahlo.
E leng ho re ‘na ke khothalletsa hore lifate ha li lengoe – hobane mobu oa rona oa baleha le moea o hloekileng o re felletse, feela re se ke ra lemang sefate sa phaena. Haeba sefate sa phaena re se lema kae-kae – re se leme moo re bonang hore metsi a mangata, haeba ho ntse ho le teng, hobane ke se ke hlalositse hore ka letsatsi phaena e ja ho feta 50L.
Ke taba ea hore na haeba re se re ntse re phela ka har’a komello e tjena, ha re ka lema lifate tsa phaena hohle, joale liphoofolo li tla hloka moo li fulang teng, empa joale re phela ka tsona.
Ho tlatselletsa hoa ka ke ho re kannete ha re boeleng re shebeng hore na libaka – hobane Lesotho mona ke bone hore libaka li’a ikarola. Ha u fihla sebakeng se seng ho mela lehlaka lane le neng le le letelele. ‘Muso ha o ka etsa hore moo lehlaka leo le holang a le ke le tlatse sebaka seo kaofela hobane le ka rekoa, le ntse le sebelisoa le kajeno ho rulela matlo.
Moo e-bang ho ka mela lekhala ho mele lona, hobane le lona le ka re etsetsa mosebetsi. Moo e-bang ho ka mela torofeiee, kea kholoa le ee le ee ka lebenkeleng lane le e rekisang, u bone torofeiee na e rekoa ka bokae. Torofeiee ke ntho e sa hlokeng metsi. Ke ho re Mafeteng koana, leha e-ba ba tla ntoants’a batho ba moo, ke ee ke utloe ho thoe ho lehoatata. E leng ho re libaka tse joalo ho ka lengoa torofeiee e ngata ho tsona. Torofeiee eo e tla be e sirelelitse mobu, empa re tseba ho nts’a torofeiee e ngata, re e rekisetsa libaka tse ling, joale re fumana chelete, ebile le rona re e ja. Ke ho re re tla etsa lintho tse tharo ka nako e le ‘ngoe – re je, re sireletse naha, re be re etse mesebetsi.
‘Na ho tlatselletsa hoa ka kannete, Morena oa ka, ke ho re, e! phaena e lokile, feela ha e se ke ea ba libakeng tse ngata, hobane e hloka metsi a mangata. Re se re phela nakong ea komello.
Morero ona o motle oa hore re etse mosebetsi ka ho apesa naha le ‘na kea o ts’ehetsa, ke mpa ke re moo ho lengoang qokoa, ha e lengoe. Haeso koana moo ho thoeng ke Ha ‘Meche, likoloi li ne li tlala li tloha hohle mona, li e lata teng. Kajeno lena ha e sa le eo.
E leng ho re ‘Muso ha o ka hlokomela litaba tseo – moo qokoa e leng teng, matsa a ba teng le limmmutlanyane li ba teng. E leng ho re ha re qala re lema lintho tseno feela re tl’o khutlisa boleng ba naha eane ea rona hore bo be teng.
Ka mantsoe ana ke tlatsa Tlhahiso ena ea Morena oa ka, ke mpa ke ekelletsa ka hore ha ho khethoe libaka, ‘me sebaka se seng le se seng se lengoe haholo ntho e bonahalang e atleha ho sona, e ka ba qokoa, e ka ba torofeiee, e ka ba lekhala, feela re tla qetella re apesitse naha ebile re tseba ho iphumanela chelete, ebile re ntse re ja ka mpeng.
Kea leboha, Mohlomphehi.
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ke kopa ho ema ka Ntlha ea Tsamaiso, Ntate. Ke ema ka Standing Order No. 41 tabeng ea hore the debate be adjourned ka lebaka la hore ka mokhoa oo ke mametseng manoni a libui ka mokhoa oo ho leng kateng, kannete taba ena e kholo haholo, e batla litsebe tsa motho eo ehlileng a reretsoeng hore a e utloe, ke ho re a sa e shebe ka Hansard, le ka mekhoa e meng.
Kannete, Bahlomphehi, le tla bona e tla le abela toka taba ena. Re memeloe Lekala la Forestry, Planning, Tourism le la Agriculture, hobane ntho ena e se e bonahala e le integrated; e thetsa ka bofumeng, e thetsa ka policy frame-work, e thetsa ka taba ea boithapollo le ka ho etsa mesebetsi.
Mong’a Tlhahiso ena ho latela ka mokhoa oo a e ralileng kateng ua bona o entse joalo a hlile a tebile, a re taba ena ea meru ha e sebelisoa ho loants’oa tlhokahalo ea mesebetsi, bofuma ekasitana le lekeno le tlaase moruong.
Taba ena e hloka lintlha tsena tse ngata. Le lona le tla fihla le e pheta, le e ‘mula, ke ho re le be le fihle lesapong, ere ha Letona le mamela le utloe ntho eo re e buileng e le hobane kannete le tla bona, le e’o khutla!
Mofumahali, u se u tseba hore taba ea bofuma ha se kotlo ea Molimo, ha se koluoa, ke khetho ea li-policy tse fosahetseng.
Kannete ke ema ka Standing Order No. 41 ke re ke hlahisa hore re khutlele morao, Litho tse ling li le teng, hore ho tlale ka mane le ka mona, joale re nke ntho ena, ke ho re re etse shosholosa.
MR. VICE-PRESIDENT: Ke belaela eka u ne u ntse u thuisa litaba tseo ke ileng ka li bua qalong ha ke ne ke re ha ke bone Lekala la Meru. Che, kea utloa taba eo u e sisinyang, empa he, ke Litho tse Khabane tse tla etsa qeto, hore na li amohela taba ena ea hore re ke re fe Letona le Khabane monyetla hore le tl’o utloa litaba tsena tse manoni tseo ‘na ke utloang li bua ka commercialisation ea taba ena ea meru hore re e fetole khoebo le ho loants’a litaba tsa mosebetsi.
Question, that Standing Order No. 41 on Adjournment of debate be applied, put and agreed to.
MR. VICE-PRESIDENT: Litho tse Khabane, re emisa ts’ebetso ea letsatsi la kajeno mona.
Litho tse Khabane, ke entse ruling on this issue ele hobane ke joale ka ha ke hlalositse ke ne ke utloile ba lumellanang le Ntlha ena ea Tsamaiso e hlahileng ka Senator Motsamai ba le bangata.
Haeba ho ne ho na le khanyetso, Litho tse Khabane, procedurally re ne re ts’oanetse ebe joale Litho li ile tsa ema tsa bonts’a li hanana le taba e joalo, ebe re etsa division, ebe rea bala, re bone hore ehlile ha ho joalo kaha ke ne ke chulo.
E leng ho re re entse qeto, Litho tse Khabane, hobane joale ha lea ema hore le hanyetse taba eno.
Litho tse Khabane, Ntlo e tla phomola ho fihlela hosane ka nako ea mehla ea 10:30 hoseng, ‘me re tla tsoela pele ka Debates tsena hosane, Litho tse Khabane.
Ke kopa ho boela ke le hopotsa, Litho tsa Komiti ea Ketsa-Molao, hore Komiti e tl’o lula ka morao ho mona.
ADJOURNMENT
Thereupon, Mr. Vice-President adjourned the House, without Question put, pursuant to Standing Order No. 16 (3).
The House accordingly adjourned at 11:50
