OFFICIAL REPORT OF THE SENATE
DAILY HANSARD
6th Meeting – First Session
Eleventh Parliament
Date: Tuesday 25th November, 2025.
LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG
| 1.Hon. Seeiso B. Seeiso | Principal Chief of Matsieng |
| 2. Hon. Joel A. Motšoene | Principal Chief of Leribe |
| 3.Hon. Sempe Gabasheane Masupha | Principal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan |
| 4.Hon. Mamolapo M. Q Majara | Principal Chief of Ha Majara |
| 5.Hon. Tumane Matela | Principal Chief of Makhoakhoeng |
| 6.Hon. Moeketsi Moletsane II | Principal Chief of Taung |
| 7.Hon. Lerotholi Mathealira Seeiso | Principal Chief of Mokhotlong |
| 8. Hon. Lerotholi L. Seeiso | Principal Chief of Likhoele |
| 9. Hon. Theko D. Bereng | Principal Chief of Phamong |
| 10.Hon. Mojela T. Makhaola | Principal Chief of Qacha’s Nek |
| 11.Hon. Seeiso S. H. Nkuebe | Principal Chief of Quthing |
| 12.Hon. Nthupi A. Bereng | Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote |
| 13.Hon. K.L.K Khoabane | Principal Chief of Thaba-Bosiu |
| 14.Hon. Mitchel S. Maama | Principal Chief of Ha Maama |
| 15.Hon Moholobela M. Moholobela | Principal Chief of Matelile |
| 16.Hon. Bereng G. Seeiso Api | Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake |
| 17. Peete Lesaoana Peete | Principal Chief of Koeneng le Mapoteng |
| 18.Hon. ’Mako T.Mohale | Principal Chief of Tajane, Ha Moetsana le Ha Mohale |
| 19. Hon. Khoabane T. Mojela | Principal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso |
| 20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli | Principal Chief of Botha-Bothe |
| 21.Hon. Pontšo S. Mathealira | Principal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere |
| 22.Hon. Qeto Sekonyela | Principal Chief of Malingoaneng |
| 23.Hon.’Mawinnie Kanetsi | Senator |
| 24. Hon. Lebona Khoaele | Senator |
| 25. Hon. Thabiso Lebese | Senator |
| 26. Hon. ‘Maphakiso Lebona | Senator |
| 27. Hon. ’Mabataung Patricia Mokhathali | Senator |
| 28. Hon.Sehlooho HenryMonatsi | Senator |
| 29. Hon. ‘Makholu Moshoeshoe | Senator |
| 30. Hon. Neo Matjato Moteane | Senator |
| 31. Hon. Seabata Motsamai | Senator |
| 32. Hon.Richard Ramoeletsi | Senator |
| 33. Hon. Limpho Tau | Senator |
PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO
SENATE CHAMBER
TUESDAY, 25th NOVEMBER 2025
The House assembled at 10:30 a.m.
(MR. VICE-PRESIDENT in the Chair)
PRAYER
The Chaplain, led the House in Prayer.
ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR
MR. VICE-PRESIDENT: Litho tse Khabane, ke kopa ho le lumelisa le ho le amohela letsatsing lena la Labobeli la la 25 Pulungoana, 2025. Ke na le Litsebiso tse khuts’oane, Litho tse Khabane:
- Ea pele, ke hore matsohong a lona mono, Litho tse Khabane, le na le Litlhahiso tse peli tse potlakileng;
1. Ea pele, ke Tlhahiso e tla lumella hore Ntlo e be le Molaoana oa Tsamaiso o lumellang Matlo a mabeli a Paramente, eleng the Senate and the National Assembly, hore a tle a be le Tulo e Kopanetsoeng.
2. Tlhahiso ea Bobeli, ke e amanang le taba ea ho koala Ntlo ho sa boleloe letsatsi la ho buloa, eleng adjournment sine die.
- Tsebiso ea bobeli, Litho tse Khabane, ke hore kajeno hang ha Ntlo e Phomola Komiti ea Ketsa-molao e tla kopana ho ananela Litlaleho holim’a Melao le Melaoana e lateng:
- Oa pele ke Tourism Levy Regulations 2025.
- LMPS, e leng Lesotho Mounted Police Service Administration Regulations 2025.
- Food Codification Amendment Regulations 2024.
- Value Added Tax Regulations 2025.
- Income Tax Amendment of Monitoring Amounts Regulations 2025.
- Toll gate Amendment Regulations 2025.
- Childrens’ Protection and welfare Amendment Bill 2024.
Ho Komiti ena e ts’oanang ea Ketsa-molao, Litho tse Khabane, tsebiso e ‘ngoe ke hore e tla kopana le Office ea Ramolao e Moholo oa ‘Muso holim’a Childrens’ Protection and Welfare Amendment Bill 2024.
- Tsebiso e hlahlamang, Litho tse Khabane, ke hore hosane ka Laboraro la la 26 Pulungoana, 2025 ho tl’a ba le Tulo e Kopanetsoeng ke Matlo a mabeli a Paramente, e leng Ntlo ena ea Mahosana le Ntlo eane ea Lekhotla la Sechaba, ka sepheho sa ho tla mamela ha Letona le Khabane la Lichelete le Meralo ea Nts’etso-pele le teka puo ea Mahareng a Selemo ea ts’ebeliso ea Lichelete, eleng Midterm Budget Review Statement.
- Tsebiso e hlahlamang, ke hore ka Labone la la 27 Pulungoana, 2025 Litho tse Khabane li tsebisoa ka Memo e etsoang ke Komisi e tsamaisang litaba tsa AIDS Lesotho, eleng National Aids Commission, moo le memeloang Moketeng oa Selelekela, ho ea ts’oaea Letsatsi la Machaba la Aids, e leng World Aids Day. Selemong sena, Komisi eno e ikelelitse ho le ts’oaea ka ho lelekela ka mesebetsi e akhang, har’a tse ling,-Lipapali tsa Boithapollo le mesebetsi e meng le Litho tse Khabane tsa Paramente, eleng Litho tsa Ntlo ea Senate le Litho tsa Ntlo ea National Assembly. Lengolong la eona Komisi e tsebisa Ntlo hape hore Naha ea Lesotho e fihletse Katleho ea 97/99 toant’song ea Lefu lena khahlanong le lipehelo tsa Machaba tsa 95/95/95.
Tlhaloso ea litaba tsena tsa 95/95/95 ke hore pehelo ea Machaba ea pele ke hore linaha li lebeletsoe ho loants’a sekhahla sa lits’oaetso tse ncha ho fihlela ho 95%, ho pharalatsa tlhatlhobo ele bonyane boo li bo lebeletsoeng. 95 ea ho qetela e lebeletsoeng ke 95 eo ho lebetsoeng hore bonyane linaha li e fihlele ho anetsa meriana ho batho ba anngoeng ke lefu lena. Joale taba ena ea hore rona re le naha ea Lesotho re fihletse 97,97,99 e bolela hore tabeng eno ea toants’o ea lits’oaetso tse ncha re ka holimo ho 95 ka ho re re fihletse 97.
Tabeng ena ea ho pharalatsa litlhahlobo tsa ts’oaetso e bolela hore ha re etselitsoe lipehelo tsa hore re fihlele 95 rona re ka holimo, hobane re fihletse 97. Tabeng eane ea kanetso ea litlhare moo re behetsoeng 95 ho bolela hore re ka holimo, hobane rona re fihletse 99. Ke seo se boleloang ha hothoe re behetsoe 95,95,95 empa rona re le Naha re atlehile ho fihlela 97,97,99.
Nako le sebaka li tla tsebisoa ha litlhophiso li se li phethetsoe, Litho tse Khabane, hore na litaba tsena tsa li 27 na li tla ts’oareloa hokae.
- Tsebiso entseng e amana le eona ena, Litho tse Khabane, ke hore le tsebisoa hore Letsatsi la Machaba la Sehopotso sa ts’oatso ea AIDS, eleng World Aids Day, lena leo ke reng le tla lelekeloa ke lits’ebeletso tseno kapa mesebetsi eno, se tla etsoa ka li 27, ‘me lona joaloka kamehla le ntse le tla ts’oaroa ka li 1 tsa Ts’itoe ,‘me le tla ba ka Mantaha oa la 1 Tsitoe 2025, ‘me mosebetsi o tla be o ts’oaretsoe mane Manthabiseng Convention Center.
Mohoo oa selemo sena ke “moralo oa moshoelella toants’ong ea HIV and AIDS.”
- Tsebiso e hlahlamang, Litho tse Khabane, ke hore lea hopola hore re ile ra fuoa liforomo tsane tsa lefapha la toants’o ea bobolu le bomenemene tseo ho ileng hoa thoe re li tlatse re phatlalatse maruo a rona joalokaha Molao o bonts’a le ho laola joalo. Le ne le hopotsoa hore, Litho tse Khabane, bane bantseng ba saletse morao letsatsi la ho qetela e ne e le maobane, ‘me bao ebang ba ntse ba s’o kaba ba tlatsa le ho isa liforomo tse joalo le kopuoa hore le etse hore li finyelle le bone hore le phethetse mosebetsi ono, li finyelle moo li lokelang ho finyella hona teng.
- Tsebiso ea ho qetela, Litho tse khabane- I hope ha e thata- ke ile ka utloa le re e beuoe ka mokhoa o thata. I hope hore le khonne ho etsa mosebetsi ono, hobane haeba le ne le sitoa ho o etsa tebello ke hore ebe le ile la tsebisa Tafole hore e ke e le kopele thuso hore le tle le fumane tataiso ea ho tlatsa liforomo tseno.
Kea tseba hore ho ne ho hlahe maikutlo mona a hore taba ena ehlile e thata ha e utloisisehe, ba beile litaba tseno ka tsela e thata, ‘me kea ts’epa hore ba fumaneng ho le thata kapa ba thatafalletsoe ba ile ba tsebisa Tafole hore e etse litlhophiso tsa hore ba thusoe ba tsebe ho tlatsa liforomo tseno, hobane ho bohlokoa hore li tlatsoe.
- Tsebiso ea ho qetela, Litho tse Khabane, ha se tsebiso eo re seng re e fumane, empa ke litaba tseo re tsebang ho bohlokoa hore re li fetise leha ele mona re s’o ka re fumana any official correspondence from the Office of The Government Secretary. Re bone ho le bohlokoa hore re li fetise, haholo haeba Ntlo ena e Khabane e tla ananela taba ea ho fetisa Motion kajeno oa ho phomola Sine die; ho bohlokoa hore re fetise litaba tsena leha re s’o ka re fumana that correspondence from the Office of the Government Secretary. Ke taba ea hore re utloile ka liea-le-moea le ka marang-rang hore eo ekileng ea eba Letona kapa Motlatsi oa Letona le Khabane litabeng tsa metsi – kesare le Sepoleseng, if I am not mistaken, Mohlomphehi Lepota Sekola o se a re sehile.
Ha ke hopole letsatsi hore na o re sihile neng re ntse re buisana ka lona ka mona re re reke re hopotsane! Ha re hopole, feela litaba tseo ‘na ke li utloileng liea-le-moeeng, leha re s’oka re fumana tlaleho ea letho from the Office of the Government Secretary ke hore Mohlomphehi Lepota Sekola o tla bolokoa ka Labohlano la la 28 Pulungoana, 2025.
Batho bao e ileng ea eba Matona a mehleng, ba hlokahalang e kile ea eba Matona, hona le leano la ‘Muso la hore ba fuoa official funeral and so, I hope hore letsatsi lena la Labohlano ho tl’o tla ho ba joalo, but I cannot commit myself hore ho tla ba joalo, hobane joale ha re s’o ka re fumana tsebiso e hlahang from the Office of the Government Secretary, empa re fumana ele bohlokoa hore re fetise tsebiso ena, Litho tse Khabane.
Ke ne ke re ha ke entse joalo, Litho tse Khabane, le ntumelle ke etse poleloana e khuts’oanyane haholo. Kea kholoa ke polelo ea liratsoana tse peli feela; ha se polelo e telele.
Tsebiso ena kapa poleloana ena e ka tsela e latelang:
Litho tse Khabane lia tseba hore selemo le selemo ka tsona linako tsona tsena re na le taba e mona ea matsatsi a leshome le metso e ts’eletseng a ho nena tlhekefetso ho ‘Me kapa ho Basali le bana, ‘me ke ne ke re, Litho tse Khabane, ke le tsebise hore ho tloha letsatsing lena, eleng la la 25 Pulungoana, 2025 ho fihlela la 10 Ts’itoe, 2025, joaloka lilemo tse ling tse fetileng, joaloka kamehla, Naha ea Lesotho e tla Keteka matsatsi a leshome le metso e tseletseng a ho nena tlhekefetso khahlanong le basali le bana, e leng 16 days of Activism against gender based violence.
Entse ele ho loants’a, entse e le ho ts’oaea ‘ona matsatsi ao, ‘Muso oa Lesotho ha ‘moho le balekane ba ‘ona o ile oa thakhola Setsi sa Ts’ireletso ea Mahlatsipa a Tlhekefetso se bitsoang Boiketlong Multi-purpose Center for Gender Based Violence Survivors maobane. Mosebetsi ona o ne o ts’oaretsoe Ntlong ea Borena bo boholo Maseru mona boteng ba Motlotlehi Khosi kapa ba Batlotlehi ba Naha ena, ‘moho le karolo e ‘ngoe ea Bahlomphehi ba baholo haholo kahare ho Naha ena.
Joale re ne re re, Litho tse Khabane, re le hopotse hore mosebetsi ona ke oa bohlokoa haholo oo le rona re le Litho tsa Ntlo ea Senate re lebeletsoeng hore re tle re keteke, re lebeletsoeng hore re tle re hopotse bane ba hlekefetsang ba bang hore ha rea lebella hore ba ‘ne ba tsoele pele ka tlhekefetso, leha eba ba li etsa ha rea lebella hore li etsoe ka tsela ea mofuta ofe kapa ofe; feela matsatsi ana a leshome le metso e tseletseng ho fihlela ka la 10 Ts’itoe re ba hopotse hore ke matsatsi ano ao ka matla a maholo re hlileng re nenang tlhekefetso khahlanong le basali le bana ‘me le beyond those 16 days ke tebello ea rona, ke takatso ea rona, hore bo ‘m’e basali le bana ba se ke ba hlekefetsoa ka har’a Naha ena ea Lesotho, ‘me eseng ka har’a Naha ea Lesotho feela, empa le Lefats’e ka kakaretso.
Kea kholoa polelo eno e ne e le khuts’oane hakaalo, Litho tse Khabane, ‘me kea tseba hore joalokaha ele litaba tsa bohlokoa tsena le ka lakatsa hore bano ba ntseng ba nahana ho etsa joalo, ba ntseng ba hopola ho etsa joalo, le ba ntseng ba rera ho etsa joalo, re nke monyetla ona hore re hle re khalemele, Litho tse Khabane!
Kea bona hore Morena oa ka oa Lioli o batla hore a hle a qale a ba khalemele, ‘me ke u fa Sebaka, Morena oa ka, hore u hle u khalemele.
HON. SENATOR S.K.MASUPHA: Mohlomphehi, kea ipotsa na ebe u tla ntumella – ke ne ke re ke se ke ka u etsa disturb. U ka ntumella pele hore ke be le Ntlha ea Tsamaiso eo eona ke tl’o e etsa?
MR VICE PRESIDENT: Lula fats’e, Setho se Khabane! Ua bona hore Ntlha ea hao ea Tsamaiso Morena oa ka u e etsa ke se ke lutse fats’e joale? E leng ho re ke se ke qetile litaba tsa ka, empa he, mohlomong ke taba ea bohlokoa; ak’u re re ke re utloe na u ne u r’eng, Morena oa ka.
HON. SENATOR S.K.MASUPHA: ke ne ke re, Mohlomphehi taba ke ena, Ntate, ena eo ke utloang hore ho na le Ntlha eo re tl’otla e etsa ea bohlokoa, ea hore re ea ka mane ka holimo re il’o mamela Letona la rona la Lichelete ka ho teka lichelete tsa kotara.
Kea kholoa ke eona ea ho qetela, empa letsatsi lena ke letsatsi la rona la bohlokoa haholo la Laboraro leo ke tsebang hore re na le lipotso, Mohlomphehi.
Ke na le Potso ea bohlokoa haholo eo ke e behileng eo ke neng ke lumela hore nkeke be ka koalloa ka ntle kapa ra phomola potso ena ea ka e s’oka e arabeloa.
Ebe, Mohlomphehi, malebana le Potso eo ea ka eo Tafole e e tsebang ebe Ntlo e tla e beha kae, Mohlomphehi? Ebe ho hlokometsoe hore re na le lipotso tsa bohlokoa tseo re ke keng ra koala likarabo tsa tsona li e-s’o be teng, Mohlomphehi?
MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Morena oa ka oa Lioli.
Ke hlalositse hore re na le Motion mona – the House will pronounce itself, hore, e-e, ha re koale re tla emela lipotso tsa rona li arajoe. Ha Ntlo e etsa qeto e joalo ehlile ho tla ba joalo ha Ntlo e entse qeto ea hore ha e koale.
Leha ho le joalo ke batla re hlokomele hore letsatsi la Lipotso ke Laboraro, e leng hosane. Joale hosane ke Joint Sitting of the two Houses. E leng ho re hosane Lipotso ha li na ho botsoa. E leng ho re re tla fetela bekeng e tlang ka qeto ea lona.
Hape le tle le hopole hore nako ena ke ea Ntlo ho phomola Sine Die ho latela Calendar. E leng ho re eno e tla ba qeto ea lona, Litho tse Khabane, haeba le re Ntlo e se ke ea koaloa.
HON. SENATOR S.G. MASUPHA: Kea leboha, Mohlomphehi. Maobane Batlotlehi ba rona ba ne ba etsa mosebetsi o moholo oa ho theha sebaka seo ho sona batho bao ka phoso ba ka hlekefetsoang ba tla isoa teng. Haeba ke utloile hantle – ke utloile eka sebaka seno e tla ba se lekunutu, se tla tsejoa feela ke batho ba eang ho sona.
Mohlomphehi, ha ke tsebe hore na naha ea Lesotho e ts’oeroe ke eng. Kapa ke tlala ee eo re leng kahar’a eona, kapa ke bofuma boo re leng kahar’a bona, kapa ke botlokotsebe bo kahar’a naha, ha re sa tseba!
Kannete ke ee ke bone kamehla selemo le selemo ha re ts’oaea letsatsi lena la matsatsi a ts’eletseng a ho nena tlhekefetso ho ba se nang matla, ke ee ke bone taba ena e le nako eo lintho tsena tse mpe li etsahalang hofeta. U tla be u bone le lipalo ha li nyoloha ka matsatsi ano a leshome le metso e ts’eletseng (16).
Joale kannete kea ipiletsa ho Basotho, Mohlomphehi, hore kannete ho na le nako eo ho kileng hoa etsoa lipalo-palo tsa machaba hore na linaha li its’oere joang. Ke bomali-mabe hore ebe naha ea Lesotho kamehla ho linaha tse mpe ebe e ntse e hlahella. Moo Lesotho le lokelang ho hlaha linthong tse ntle, ha le hlahe.
Moo Lesotho le hlahang ka lintho tse ntle, Basotho ba li betsa ka majoe hore lintho tseo ebang li ntse li etsahala ebe ke masaoana feela. Ke bona taba ena e etsahala haholo ho bapolotiki. Rea ipiletsa re le Marena a bona hore taba eno eo ba e etsang e theletsa seriti sa naha ea Lesotho, e fana ka seriti se sebe ho Botlotlehi ba rona, hore eke Botlotlehi ba rona ke bo tlohelletseng lintho feela, le hore kae-kae ekare ha bo re letho.
Ke rata ho hlokomelisa bahlomphehi bana ba its’oereng hampe, Mohlomphehi, hore batho bano ba ke ba leke ho fetoha, leha e-ba ba utloile bohloko – bohloko ba bona ba se ke ba bo nts’etsa ho hlekefetsa batho ba bang.
Ho na le hore ha motho a utloile bohloko o lokela ho bo bonts’a hantle, ‘me liphoso tseo ebang li teng li lokisoe. Joale ho na le batho ba bang ba ratang ho itlhokofatsa, ba etse lintho tse hlabisang lihlong kahar’a malapa a bona le metse eo ba phelang ho eona.
Mohlomphehi, tlhekefetso ena e etsahala hangata ka nako ena eo re eang nakong ena ea festive ha ho koaloa selemo. Rea tseba hore e se eka botlokotsebe bona – che, ha ke tsebe haeba ho joalo, empa lipalo-palo li tla re bolella, e se e ka taba ena e etsoa ke Basotho ba habo rona ba tsoang ka ntle ho naha, hore ekare ba tla ba hahlametsoe ke mekhoa e mebe ea moo ba tsoang teng.
‘Na ha ke lumellane le taba eno, ke re ha ho joalo, empa e le hore feela batho bana ba fihla kahar’a naha ena ba fumana e le tlala e ts’abehang, ebe ba leka ho itoanela, feela ka mekhoa e mebe.
Mohlomphehi, ho na le Molao ka hare ho naha ea Lesotho le linaheng tse ling o lumellang motho hore ha a utloa eka ‘mele oa hae oa mo hlola a nyale, a be le balekane ba bangata e le hore a tle a tsebe ho thalatsa a ee koana le koana. Ha a thalatsa ka har’a batho bao e seng ba hae eno ke taba eo re ke keng ra e lumella ho hang.
HON. SENATOR S.B. SEEISO: Ke kopa potso.
Ke kopa Seoli se seholo se otlolle polelo ena eo se qetang ho e bua, hobane e fana ka maikutlo ao eseng ‘ona – hore sethepu se etsoa ke motho ea itlhotseng. Ho nyala sethepu ka polelo ea hae ke hoa motho ea itlholang. Na ehlile Setho se Khabane se cho joalo na?
HON. SENATOR S.G. MASUPHA: Morena oa ka, taba eo u e behileng, eo u batlang tlhakiso holim’a eona e kholo. Motho u ee u qetelle ke ho utloa bohloko u lekanya litaba ka mokhoa oo li sa lekaneng. Kannete ena ke kopa ho e lokisa. E, eona ehlile kea e hula, hobane Ntate-Moholo hore ebe naha ea Lesotho e boemong bona ke ka lebaka la sethepu, ‘me sethepu ke taba eo motho ea nang le matla a botho hore a ka tseba ho atisa lelapa, ke potomane ea motho.
Ha e le bonnete batho bana ba re lekang ba qetella ba etsa hore re bue lintho li sele. Eona ke e lokisitse, Morena oa ka, kea leboha ka potso ena e entseng hore ke lokise taba ena.
Ke mpa ke re feela batho bana ba etsa lintho tsena tse mpe ka nako ena ea mafelo a selemo, ka matsatsi ana a etellang pele Tsoalo ea Morena oa rona. Nako eno e bohlokoa haholo, re ne re lokela hore e fete ka likhoeli tse peli mohlomong ho se na letho le etsahalang.
Ka bomali-mabe ho bonahala nako ena e le eo ‘na ke re naheng ea Lesotho – hobane ke phela Lesotho, naheng ena ke nako eo Mapolesa a rona – batho ba rona ba Ts’ireletso ba qalellang ho sebetsa ka thata ho leka ho thiba litlokotsebe tsena tse etsang meleko, Ntate.
Ke ne ke le moo ke reng re le Marena a bona rea ipiletsa, hobane ha u le Morena u busa Tona-Kholo, Letona, Mokhethoa, motho ea bohlale haholo ea ikutloang hore eena o tseba ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe, ua ba busa batho bano kaofela, ebile hape u busa le lithoto. Uena mosebetsi oa hau u le Morena ke ho re feela u bone hore u etsa balance hore motho e mong le e mong ha a hlaha mahlong a hau batho ba ts’oane.
Re le Marena a bona re ipiletsa re le ka Ntlong ena e Kholo ea Senate, e leng e Kaholimo, re re, oele! Ho lekane! Batlotlehi ba rona ba se ba bonts’itse hore ho lekane hore taba ena e se ke ea hlola e tsoela pele, e mpe e tsoele-pele ka phoso – haeba e ka ba phoso, feela ha ke lumele hore phoso e ka ba teng ha motho a se a hahlametsoe.
Ke ipiletsa ho Marena a ka hore ha re phamoleleng taba ena holimo – ena eo Batlotlehi ba rona ba seng ba e entse. Ha re fihla libakeng tsa rona re ke re e’o tsosolosa, re e’o sisinya Basotho metseng koana, re ba hopotse ka ho ba joetsa hore Batlotlehi ba se ba buile hore tlhekefetso ha ea nepahala ka har’a naha ea Lesotho, ‘me rona re le matsoho a Botlotlehi bono libakeng tseo re phelang ho tsona re re tlhekefetso ha e ke e fele ka hare ho naha ea Lesotho, Mohlomphehi.
Ka hona kea ipiletsa, ke ipiletsa ho bohle ba ka bang le morero ono kannete ba ke ba phomole hanyenyane, ba tlohelle merero eno ea bona, re ke re lule ka khotso re le naha ea Lesotho.
Lesotho ke naha ea khotso. Ha u kena malibohong ana a Lesotho kaofela ho thoe, “Kena ka khotso Lesotho”. Hona joale taba eno e se e le polelo feela! Ha taba eo e ke e khutlele mane ho Ntat’a rona Morena Moshoeshoe I ea neng a re o laba-labela khotso ho Mosotho e mong le e mong ho tloha ho ea holimo ho fihlela ho ea tlase. Taba eo ke ea bohlokoa, ha re ikobeleng eona.
Kea leboha, Mohlomphehi.
MR. VICE-PRESIDENT: Ba se ke be ba emisa hanyenyane, Morena oa ka, ba hle ba tlohelle.
HON.SENATOR M.MOSHOESHOE : Ntate Vice–President, ka ‘nete ke ema mona le ‘na ke le e mong oa basali ba naha ena ea Lesotho, bao ka ’nete polelo ena eo u e entseng kajeno lena ea matsatsi ana a leshome le metso e t’seletseng ea ho nena tlhekefetso ea basali le bana, eo ka ‘nete ka bokhabane u buileng litaba tsa tsona – Ntate, taba ena e re t’soentse haholo re le basali ba Basotho.
Re bona kahar’a naha ena ea rona basali ba hlekefetsoa le bana le maqheku ka tsela e phahameng haholo. Bo-ntate ba hlasitse kantle ka mona ba futuhetse bana ba banana ba ba hlekefetsa ka mokhoa oa thobalano, ba hlekefetsa le masea, joale matsatsing ana ba hlekefetsa le maqhekoana; rea ipotsa hore na ebe matsoalo a bona a ile kae!
Ka ‘nete rea hooa Re ema qhooeng re le basali ba Basotho re re, “oele! Bo-ntate, e ka ba re fositse kae? Haeba re fositse re joetseng”. Ha u ba botsa hore na bana bana ba batho ba fositse kae, ba re ke mokhoa oo bana bana ba tenang ka oona. Joale ua ipotsa hore na bana bana ha ba apara liphahlo tsa bona ‘mele oa bona o sa lumela! Bo-ntate ba lebetse hore khale re tena lithethana.
Mohlomphehi ebile ke enoa oa nkhopotsa hore ha ba hlekefetse basali le bana feela, empa le liphoofolo hothoe le tsona ba li hlekefetsa! Ka ‘nete, bo-ntate, ekaba re fositse kae? Ak’u itlhahlobeng le lona hore na hantle ho hana kae.
Ho hana kae, bo-ntate? Ebe tlhoko-tlhoko ena e kana-kana, ea ho baba, ea mocheso o mokana-kana – ebe e bakoa ke eng? Bo-ntate, ho chesa hakakaang! Bo-ntate, re nke metsi a batang re timole kapa re etse joang? Mekhoa e mengata ea hore re le thuse rona tse meja.
Ha re ke re kopaneleng taba ena! Ha bothata bo se bo le teng re tla le thusa; tlohang baneng ba rona, tlohang liphoofolong! Ha re ke kopaneleng taba ena re bone hore na re ka e hlola joang. Bana bana ke bokamoso ba naha ena – se keng la re etsang tjena, bo-ntate! Le tsoa ka malapeng le siea bahatsa ba lona. Bothata haeba bo ka lapeng re joetseng re tsebe ho bona hore na re thusana joang ka lapeng ka mono. Tlohellang liketso tsena, rea le khalema, ake le neneng tlhekefetso ena.
Mohlomphehi o bont’sitse hore nako ena e tla qala ea ho nena tlhefetso, ‘me e tla feela ka la 10th December, joale ke ratile Morena oa ka oa Sehlooho oa Matsieng ha a ntjoetsa mona a re; “hothoe re e nena 16 days – hoban’eng ha re sa e nene 365 days, e leng matsatsi ohle a selemo”?Ua utloa na o r’eng Morena? Oa bua. O re 16 days ena e nyenyane, na ke hoban’eng ha re sa e nene matsatsi a 365 a selemo kaofela!
Ka ‘nete ke tlatsana le Morena oa ka, ke re, oele, Bo-ntate! Ha re ke re itekoleng re ke re se keng ra beha bana tlokotsing. Hona joale bo-‘m’e ba se ba bile ba t’saba le ho ea mosebetsing koana South-Africa ba siea bo-ntate le bana. Ha u qala u mo siea le bana mona monna o sala a ba etsa basali, ha soabe le ho soaba
ka ngoana oa mali a hae! Joale ha ekaba eo e seng oa mali a hae eena ha batle le ho ’mona! ba bang ba nonosa bana bana lipompong, ‘ngoan’aka, tloho ke tl’o u rekela eng’, ebe o mofa chelete. Bontate, ke ha ntse le re le ets’ang, hle? Ka ‘nete kea kopa, kea hooa ke re, oele! Bo-ntat’a rona tlohelang liketso tsena! ake le itemoheng! Ua tseba re tla shoa re tla botsoa?Re tla shoa re tla botsoa!
Kea ipotsa hore na e tla re motho ha u araba u tla r’eng ha u fihla leholimong koana, kaha, Mohlomphehi, re tl’o tsamaea le rona. Oele! Ka ‘nete re se re ntse re ipiletsa, re tl’o tsoa, Mohlomphehi, leha e le mona re ka ‘na ra tl’o koala kajeno ho latela Order Paper ena eo ke e fumaneng ka matsohong a ka ka mona. Empa joale re tl’o tsoa re pota naha ena ea Lesotho.
Re na le moralo oa hore re hle re ee le mane Khubetsoana mane moo re boneng ts’ebeliso e mpe ea lithethefatsi e phahameng haholo ho latela Motion oa Morena oa ka oa Lioling. Ha re tl’o lula feela, ntate, re tl’o tsoa re le basali ba Maparamaente re ise thuto sechabeng le ho lemosa sechaba ka taba ena.
Taba e ‘ngoe eo u buileng ka eona, Mohlomphehi, ke World AIDS Day ena e tl’o ketekoa ka li 1st December, 2025, ‘me u re hlokomelisitse hore naha ea Lesotho e fihletse likatleho tse phahameng haholo ho latela taba ena ea Aids kahar’a naha. Kahoo re tla iponahatsa ka Labone ha ho il’o thakholoa ka lipapali mokete ono, Mohlomphehi.
Ntate, ha u s’u chulo tjena u s’u supile tsela, e se eka Bahlomphehi ba ka iponahatsa hosasa ka Laboraro, kaha u bont’sitse hore leha e le mona e le letsatsi la rona la lipotso feela joale re il’o ba le a joint-sitting ka National Assembly ka mane, moo Letona la lichelete le il’o bala mid-term budget review.
Bahlomphehi, ha re ke re eeng re il’o bona hore na ho s’o sebelisitsoe chelete e kae, na re se re le maemong afe; le hore na le rona na re ka tsoela-pele ka e kae eo re ntseng re na le eona. Ha re iponahatseng, Bahlomphehi.
Mohlomphehi, ka ‘nete ke ema ka phatla e phahameng ke re basali ba Basotho ba emetsoe, kaha re tl’o loana ntoa ena ‘moho re loant’sa bo-ntate bana. Re tla ba hlasela, ‘me toronko li tla tlala, ke bo-ntate bana!
Re entse Molao mona ka 2022 o bitsoang Counter Domestic Violence Act 2022. Re o entse o fetile molao ono, ‘me o tla sebetsa ho lona, bo-ntate, kaha ho itsoe ho phathatsa kapa ho khotsa, kapa ho letsa mololi – sheba ke u nka khikhitha kea tsamaea ke u isa mane molaong. Hlokomelang re tl’o o sebelisa Molao ona re le basali ba Basotho. Ba sa tsebeng bana re tl’o ba joetsa hore ba na le matla. O tl’osebetsa holim’a lona, ebe re tla le isetsa Vaseline ka mane le il’o ipona na le iketsa joang le le bang ka mono, hobane re khathetse ke lona! Le re bont’sitse hore le mabollong mona le se le pota le bana bana ba bashanyana ka morao, kahoo le tla ipona le le bang rona re tla tsoa ho lona!
Kea leboha.
HON.SENATORS.B.SEEISO : Ka ‘nete, Ntate, re mpa re ema feela hobane re rata ho bua, ntate Manamolela ke eno ebile o lumela ka hlooho o bon’tsa hore ke ema just because I like to hear the sound of my own voice. Ntate taba ena eo o e phatlalatsang ka pele ho Ntlo ena kajeno kea kholoa e hloka ho tebisa maikutlo a ngoana motho hore seipone seo re ichebang ka sona re le Basotho ho re na ebe re bona eng.
‘M’e ‘Makholu o bua taba ea bohlokoa ha a re molao o sebetse. Nka rata ho beha ho bo -m’e ba teng kahar’a Ntlo ena, in the Well, as well as in the gallery hore a ho na ntho e bohloko hofeta_ ‘(M’e ‘Makholu, ‘mamele) ha u ka ua bona, ua ba ua fumana, ‘me ua ba ua amohela – _motho oa ‘m’e u bona hore ke eena the mastermind of those syndicates. Motho oa ‘m’e, motho oa Efa e be ke eena ea ka pele-pele ho hohela bana ba basetsana! That is what I call an unforgiveable sin; ke sa re ha monna a etsa ketso eno is forgivable! No, it is not! But it saddens me even more ha u fumana hore motho oa ‘m’e has played a very pivotal role to be instrumental in trafficking ngoana oa hae, bana ba hae, ngoana oa mohaisane, a mo etsa traffic ho banna.
This is why I am saying mahlo a rona a bulehe ka bobeli ho se ke hoa buleha leihlo le leng feela la hore ke banna. We are both capable and responsible for these acts, hobane moo re bonang re le bo ‘m’e re ipata ka mahlong ha re bue.
Bontate, ha ke tsebe ,Ntate Motsamai, empa ho ne hothoe I am being over dramatic ha ke re ‘na ka ‘na Molao ono oo ‘m’e a o entseng quote oa ho emisa tlhekefetso kapa to cause a perpetrator to be found guilty, ‘na ke ne ke re har’a tse ling chemical castration should be part of the Remedy.
Ke bue sesotho u tl’o utloe na ke bua ka eng? Monna a entoe ka ente e tla bolaea litakatso tsohle tsa botona; hoa hae e be ke ho nt’sa metsi feela e be ke, Amen!Metsi a bonolo e seng a matenya.
Ntate Vice-President, ruri joalo ka ha e le mona u tseba hore e eabe e le nako e mona ea rona ea hore banna re hloe sehlaba re il’o khutla koana Malebuli, ‘Masemouse, u ntlhahlelletse, Ntate, hore har’a tse ling ha ntse re hlahloba makhulo moo, let’solo lena leo re le qalang kajeno e t’soanetse e be ho morena e mong le e mong, ho ntate e mong le e mong eo e leng hlooho ea lelapa la hae, ho etsa, ‘ntate oa rona ea maholimong’.
Eona taba ena e be karolo ea sejo sa hae sa hoseng, mot’seare le mantsiboea. Ha sheba ngoana oa mohaisane a hopole hore ngoana oa hae oa ngoanana le eena o ntse a shebiloe ke e mong.
Batho ba bolaeana hobane ba batla ho etsa liketso tsena tseo re buang ka tsona ho ngoana motho e mong, empa oa hae eena o re ke lenyeloi. Ha ke tsebe haeba, nkhono ‘Makholu, u ka hopola? ke ne be ke koatile hona hoo!
Mants’onyane mane pusong e fetileng ho na le ntate e mong ea neng a botsa ‘M’e Madoti, a re na, ‘joale ha bana baa re siuoe le bona ke basali ba rona, ngoana a butsuoe’!
Motho oa ntate! Pitsong ea Letona! Mapolesa eaba ha a mo ts’oare kapa banna ba tiise re hloe monna eno litsebe-tsebe tsena! A re na ‘hana ha ke siuoe le ngoana enoa oa ka oa ngoanana – joale ngoana enoa o butsuoe’! Taba ee kelellong ea monna oa Mosotho e bolel’ang?
Ke mokhoa ona ke reng na seipone seo ke ichebang ka sona ke sefe? Re se re le liphoofolo? All the attributes of being a human person have evaporated ke mokhoa ona u tla utloa ka nako e ‘ngoe motho oa ‘m’e ha a koatile a tla re, ”aa, monna ke ntja!” because a dog does bad things!
Ntate Vice-President, taba ena ka ‘nete eo ho thoeng re qale ho ikhopotsa eona, ehlile eona goes to the heart. Without any breakthrough and work – where are we re le sechaba – hobane ruri hona joale tjena ha u ka hopola hore na nalaneng ea Lesotho mona re joetsoa hore na bo-ntate e ne e le bo-ntate joang…
Bo-ntate ba khale e ne e se banna feela; e ne ehlile e le bo- ntate! Monna biologically can make a child; ntate nurtures that child, in the same way mosali biologically can bear a child but ‘m’e nurtures that child. There is a thin line, but it is distinct. E hlakile, e hloekile hore motho oa ntate o alama litsuonyana hore li holele ts’abong le leratong la Molimo. Monna ke oa likhohlopo o theoha phula ena har’a bosiu o ea moo a eang teng, ha a khutla o re mosali a mo fe lijo.
Honourable Vice-President, Litho tsa heso tse Khabane, let me not be lame on this matter. Ntate Motsamai, o ntse a nkobela leihlo mona. O re ke se ke buile likakata, empa ke ntse ke re ke ho re, Ntate oa ka, ekare tabeng ena re le sechaba sa Basotho re ka tebisa kepi, mohlomong ra kopa ho ba fats’e hore ba ke ba tjekise likelello tsa rona re le Basotho, ba fetole maikutlo a rona re le Basotho ba matsatsing ana hore bana bao re buang ka bona, joale ka ha Mofumahali Makholu a boletse, ke bokamoso!
Ha u ka hlekefetsa ngoana u mo senyelitse bokamoso bohle ba hae. Kelello ea hae e se e senyehile, o tl’o qetella e ba motho oa sekooa ka hloohong.
Litaba tsena tseo’M’e a buileng ka tsona hore bo-ntate ba tla re bana ba tenne eng, ha ba tena eng – what rubbish is that? Ke lintho tseo re li mamelang, tseo re li utloang! U utloe motho a re o mo phephelitse! O mo phephelitse ka ho etsa joang? Ha a feta moo?
Ka hona, Ntate oa ka, ke re nakong ena eo re tla phomola, empa re tlang ho qala leeto lena le leholo, ‘na joale ka ha ke ne ke sebela Mofumahali Makholu hore ekare selemo ho pota ekaba seo re ikhopotsang tsa sona hore ha se sebe feela seo u ka kopang ts’oarelo – empa ke sebe se isang liheleng ho senyeletsa le ho tlosa seriti ho ngoana oa motho.
Ha ke bue ka ngoanana feela, le motho e moholo e ntse e le ngoana oa motho.
Ntate o bua ka ma-ben10. Ke mokhoa ona ke reng, Ntate oa ka oa Meleleng, re roale likokoloso tse mahlo a mabeli, hobane tlhekefetso ena ha e etsahale ho batho ba bats’ehali feela, le ho bashanyana e ntse e etsoa ke bo ‘m’e le bo ntate ba bang. Ka hona tlhekefetso ke ‘nete hona joale the primacy of the core ke ho the female gender empa ha re na ho itebatsa, ebile ha re na lokela hore re itebatse hore tlhekefetso is across the board.
Empa ka ‘nete ekare, Litho tsa heso tse Khabane, Morena oa ka oa Ha Maama, ekare bo ntate bana mohlang oo ba romellang ka mane ka setebe-tebeng hore ba il’o kopa forms tsa phuliso, har’a tse ling u ba joetse hore ha a sa sokolohe a se ke a tla ho ’na mona. Ha a sa bonts’e hore o sokolohile a se ke a tla ho ‘na hore ke mo fe phuliso, hobane ha a fihla ka thabeng ka mane o il’o hena-hena bana ba banyane hape ba balisana, ‘me ha bana bao ba le sieo o hena-hena linku tsa hao, lia folotsa.
Ka mantsoe ana, Ntate Vice-President, ke kopa hore ebe ke beile molamu oa ka, eseng molangoana, hobane Ntate Manamolela o ne a ntjoetse hore e se ke eare ha ke ema mona ke ‘ne ke lahlele molamu eseng molangoana.
Ka hona ka re kea leboha, empa e se eka Marena a haeso Evangeli ena re ka e jala re sa ts’abe Bokamoso ba naha ena bo matsohong a rona, ‘me maleme a rona should not be afraid to speak the truth all the time. Nako eohle re be sebete ho lekana ho bua le ho tataisa, le ho khalema, ‘me har’a tse ling tseo re ts’oanetseng ho li khalema ke eona ketso ena e mpe ea ho hlekefetsa batho ba bats’ehali.
Ka mantsoe ana ke re kea leboha, leha u ka re re ee hae.
HON. SENATOR M. C. MAKHAOLA: Likhomo!
Kea leboha, Mohlomphehi.
Ke kene ho se ho ntse ho khakhathoa, ho ts’ets’ethoa, joale, ache, e hlakile gender-based violence! Lets be logic on genders; how many genders? Two? Left and right are two genders. ‘Na ho ea ka ‘na nka re re tlohelle lefats’e.
MR VICE-PRESIDENT: Morena oa ka, ke kopa ho u thusa hanyane. O nepile re ntse re bua ka gender based violence. Ha u ka lula ke u tataise feela.
Ho tloha kajeno ho fihlela ka li 10th December ke nako ea matsatsi a 16 a ho nena tlhekefetso khahlanong le basali le bana. Ke eona taba eo re ntseng re bua ka eona hore re nena tlhekefetso khahlanong le basali le bana nakong ena ea 16 days.
Empa Morena oa ka oa Matsieng o itse e se e le selemo ho pota.
HON. SENATOR M. C. MAKHAOLA: Kea leboha, Mohlomphehi.
Ke tla tsoelepele ka mokhoa ke ona, leha feela ke na le potso: why e 1okela hore haeba re nena tlhekefetso e lokela hore ebe specific ho basali le bana, e sa bue ka all genders?
Kea lumela hore bo ‘m’e le bana ba vulnerable ka tlholeho, feela mehla eo re e phelang, vulnerability ke e bona ho bo ntate ho feta ho bo ‘m’e. Lebaka ke lena, boholo ba bo ntate Lesotho mona ha b’a ea likolong, ha b’a ruteha. Ba rutehileng ba fokolang ke bona mohlomong ba ka bang le kutloisiso ea taba ea gender-based violence.
Joale ke ne ke re, Mohlomphehi ke ntse ke tsoela-pele ka potso eno ea hore na why ho sa ka hoa ba le khoelehetso ea hore gender based violence generally? Feela, empa hee, ke nka ka mokhoa ono ke ikobela taelo ea beng ba ka hore ke ho re bana le bo‘m’e ba vulnerable, feela empa vulnerability ea bo ‘mé le bana ke tla e qala ho bo-‘Mé.
Ke re ho bo-‘M’e hobane ke nka ba phela nakong eane eo qetellong bo‘m’e e tla ho ba bona li boss bophelong, kaha bo-ntate ba tla be ba ba tomme ba ba hula joaloka litonki ba tla kamor’a bona.
Re nakong eona eno, Mohlomphehi, eo joale ke neng ke re rea li utloa lipale. Ho na le story se ntseng se buua maoba mona hore monna ke eo o ile a hlasela mohats’a hae a mo hlahlatha hlooho boko ba qhalana. Kea kholoa ha ke mong ea utloileng taba eo.
Ke mofuta oona ono oa gender-based violence eo re e nenang hore na bo-phoofolo bo bakoa ke eng bathong.
‘Na nka re Lesotho mona ka ’nete ho ke ho etsoe letsólo, ele hore ho be le boithuto bo khethehileng hore na ebe morao tjee ka hare ho likelello tsa rona ho etsahalang na! Ho hle ho qaloe ho bona batho bano ba etsoang violate, eleng bana le basali. Ho qaloe ho bona hore na hantle-ntle ebe tsela eo ba seng ba phela ka eona, ba etsang lintho ka eona ebe na e ntse e nepahetse le hore na e ntse e na le botho na? Joale ho tle ho tsebe ho khutloa ho uoe banneng, empa ka boithuto bo akaretsang bo sa khetholleng.
Ha ke batle ho tsoa lekoteng lena la hore tlhekefetso ea bana le basali.
Ke kopa ho etsa mohlala ke ona, ka ‘na, o complicated kea o tlohela. Kea o tlohela mohlala ono o complicated haholo!
Ke ne ke re kannete re ‘moho, feela re bona mathata re le sechaba (kapa ke le e mong oa Litho) ka bongata ba sechaba, ha ke qala mono. As an individual – ke le motho joale ke fete ke ee boikarabellong. Ka ‘nete ha u ka sheba boleng boo re leng bona hona joale re le batho bo roba moea. Ke ne ke botse ele ha ho thoe ke tlola melao ea bokreste. Ke ne ke botse Ntate Molimo hore na hoban’eng rona ma-Afrika o re entse re le tjena na? Ka re,, Ntate, hoban’eng rona u re entse re le tje? Ke ne ke halefile ke re: Re lipakeng tsa batho le liphoofolo; ke batho ka nq’ena, ke liphoofolo ka nq’ena joale rona re hare mona – re ipitsa eng, Na re karolo ea batho? Ha ke batle le ho ea hole Afrika, ke sheba hona mona hae mona.
Litaba tsa botho li thata, Mohlomphehi, joale litholoana tsa tsona ke bofokoli bona bo seng bo bonahala bo hlahang tlhekefetsong le ho lintho tse ling tse ngata-ngata: ke lipolaeano, ke litlhekefetso empa leqeme kajeno ke tlhekefetso ho bana le basali. Joale empa ka kakaretso ha re se re bua ka botho nakong eo re phelang re ts’aba Ntate Molimo na? Re ikamahanya le botho ba rona hakae na? Ebe e mong le emong oa rona ha a itsipa o utloa eka eena o phela ka mokhoa o phethahetseng na? Ha re ke re shebe re etse mohlala feela, Mohlomphehi, ha ke re Lesotho mona re shebe sechabeng hore mahlanya a mangata ka ho fetisa ka botoneng le bots’ehaling a mangata kea feng? Kea e tlohela ke assignment.
Voice behind: mahlanya a banna a mangata ho feta a basali.
Joale taba ke hore na sesosa ke sefeng? Hantle-ntle ho senyehileng ke boleng ba rona le botho ba rona le foundations tsohle tsa botho; re khutletse bo phoofolong kapa re lipakeng tsa batho le liphoofolo. Ekare re ka thusoa! Empa joale ke ne ke re, Mme, re etsa support litaba tsa hore Linaha tse senang melao kapa tseo melao eleng leqe litlolo tsa molao lia ata.
Ena ea tlhekefetso batho ba e etsa, joale khang ke hore na ho etsahala’ng ka Mosotho eo oa monna a jereng boikarabello bo bakaalo ba ho hlokomela, ho sireletsa le ho holisa? Ke ho re na ho eabe ho etsahala’ng kahare ho hlooho ea hae? Ke ne ke re potso eno ntate a tla mp’a e botse sechaba sa hae mane Thaba-bosiu hore ‘ho eabe ho etsahala’ng, lona banna, kahare ho lihlooho tsee tsa lona, le khakhathelang basali ba ba lona?’ Ebe u botsa, basali hee! ‘Lona, basali ting, hantle ho etsahala’ng – banna baa ba le khakhathela’ng?’ Joale o ee baneng u ba shape, u ba ts’ele thupa u re: ‘hee, lona bana ting, le tena le ntse le hlaseloa ke batho ba baholo ho etsahalang ke’ng?
Ka ‘nete ka Bosotho bana ba ne ba shapuoa. Ke kopa ho le etsetsa mohlala ke ona, kholong ea ka ha ke ntse ke hola e ne e re motho ha ka tla ho ‘na a fihla a mpolella ka mokh’o ke leng ngoana Morena kateng ne ke koata! Ke ne ke utloa bohloko bona boo haesale, ke utloa a nkhetholla baneng ba bang bao ke ntse ke bapala le bona!
Joale ka lesatsi le leng ke tsamaea naheng ke teana le ntate e mong oa pere haeso mane loting. Hae! Ntate enoa e ile eare ha mpona feela a ntata ka pere a ntabola ka phafa, ka baleha ka potela ka mo siea. Ke ne ke utloe ke thabile ke re, hele, motho a le mong lefats’eng mona a ka mpona ke le motho a ts’oanang le batho bohle, ke le ngoan’a Mosotho a tsamaeang naheng! A ntelekisa! O ne a nchape habeli feela, hee, ka potela, empa ka utloa ke khotsofetse ka re, hele! Ke tenoe ke batho bao nako ena kaofela ha ba mpona, ‘ngoan’a Morena! Ngoan’a Morena!’ Ke’ng e mphapanyang le Basotho ba bang?
E tena hona mono bothong ba rona le boleng, hobane hona joale tjena ke mathata, ‘me rea support hore ka’nete bana le basali ba tlokotsing! Empa feela ho etsahala’ng ka botho ba rona? Ooee!
Ntate Molimo a theole moea oa hae o halalelang a re hauhele, hobane ha ele ho bua nnete tlhekefetso eona ha e ka ea thoma, ea thoma ngoaneng a mots’ehali – ‘ke etsa support litaba tsa ntate.’ Ngoana eno a mots’ehali bophelo ba hae bo senyehile, bophelo ba hae kaofela.
Empa joale tlhekefetso eo bo ntate ba e etsang baneng ba bats’ehali ba ba fa chelete ka malapeng a bona, a mo holise a ntse a mo fa chelete, a nne a re, tloho, ke tlo ts’oara! Ha nako e ntse e-ea o theola letsoho oa ts’oara, o nts’a ts’oara,o nts’a fana ka chelete ha ts’oere, hamorao ha esale ho ts’oara feela e se e le ho utloa, ‘me ha a se a utloile ngoan’eno oa mosetsana eno a ileng a etsoa ntho eno o tla hola a tseba hore eena ha ile a ka a ts’oaroa kapa a utluoa joale o tla fumana chelete, ua utloa ntate!
O tla fuoa chelete, ‘me joale haeba e etsahetse baneng ba lekholo – ho lekholong moo e tsahetse ho ba mashome a robong a metso e robong bana bao kaofela e se e ntse ele sechaba se timetseng! Joale boholo ba sechaba sa Basotho ke sechaba se timetseng, hobane boholo bo fuoe chelete! Re sechaba sa mofuta ofeng? E etsahetse taba eno, empa eo hampe ha e etsahala ho motho mohlomong a e-s’o kang a hlokomela a ba le tlhalohanyo, feela ea tsebang hantle eo e seng ele mosetsana ea moholoanyane – ‘ts’oara, ngoan’aka! Tl’o ke utloe!’ Oa utloa ntate!
Joale ke ne ke re hantle ke boikarabello ba rona hore re nke bohato ba ho lula fats’e ho etsoe boithuto ho batlisisoe hore na re ile ra fosa kae, hobaneng re se re… ho ea ka ‘na re se re le lipakeng tsa botho le liphoofolo, re se re se batho!
Basali le bana ha ba sireletsoe, ba baballoe, ba holisoe e tle e tsebe ebe sechaba sa kamoso, se tla etsa sechaba se seng sa kamoso se phetseng. Ha ele hajoale likelello tsa rona ka mekhahlelo eohle li senyehile, Mohlomphehi.
Ke ntse ke bolela ke re baneng le basaling ke hona moo bophelo bo qalang hona teng.
Likelello li se li ntse li senyehile haeba basali ba phelang hona joale ke basali ba phelang h ba ile ba qala hona mola tlhekefetsong, ba holisa bana ba bang bao ba tla nneng ba hlekefetsoe le ba bang ba tla nne ba hlekefetsoe! Qetello ea rona re le sechaba ke efeng?
Ke taba e thata, empa ‘na ne ke e rata hoja e ne e ka ba two- sided, ebe both genders. Feela, empa hee, ha re sireletseng, re batleng, re etseng boithuto ba hore na re lokela re etseng ho qoba gender violence.
Amen.
MR VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Morena.
Tima heee, Morena!
HON.SENATOR.K.L.K THEKO: Mohlomphehi, ke ne ke re ke tl’o kalima le ‘na motsotsonyana oa hore ke bonts’e hore le ‘na taba ena ke ea e ‘ngoe ea litaba tse re soabisang re le banna hore banna kamehla ba fumanoa ele bona baetsi ba liketso tsena tse soabisang, tse utloisang bana esitana le basali bohloko, hoba etsetsa bophelo bo bolutu ka taba ena e soabisang e ntseng e tsoela pele lefats’e ka bophara. Ha ke na re ke ea Lesotho feela, hobane ehlile e hohle.
Voice behind: Potso ke ena, ntate, pele outsoela pele.
HON.SENATOR.K.L.K THEKO: Helang, banna, oee! Ka ‘nete?
Che, Ntate, papali e kahar’a Ntlo ena ea hau e-ea ts’abeha. Ke ne ke re ke nka monyetla le ‘na, Mohlomphehi, kamor’a puo ea baholo ba ka Morena oa Matsieng le oa Qacha ka mokh’o ba beileng hantle kateng ha ba ala leleme phate holim’a taba eno e tekiloeng ka pel’a Ntlo ena ea hore re ke re bueng ka tlhokofatso e etsetsoang bana le bo ‘m’e.
Ke hore e le batho ba bats’ehali, ba sotloang ke bo-ntate ka tsela ea ho ba hlokofatsa ka motabo esita le ho ba sotla ka tsela eo Basotho le lichaba tse ling li ntseng li etsa.
Ntho ena ha e Lesotho mona feela, empa e li naheng tsohle tsa Lefats’e. Naheng e ‘ngoe Europe ho na le monna a kileng a haha a dungeon moo ka har’a eona ka tlase – underground a kileng a nka bana ba hae, a ba pata ka teng, a ba nyametsa, athe oa ba nyala, oa ba robala, o ba etsetsa bana e le ba hae, u tl’u bone lintho tse etsoang ke batho ka linako tse ling hore taba tsena ha li le tjena li hloka some psychotic evaluation!
Ke ne ke re ekaba Morena oa Qacha’s Nek o ne a hlile a cho joalo hore ekaba ho ka ba le ntho e ka etsoang, ea ho batlisisa na hantle monna e mong le e mong a ke keng a hlahlojoa hantle ka kelellong hore na o ntse a phela hantle, leha a sa etse lintho tseo ebang lia makatsa, le hore re tle re tsebe ho ba le polokeho ea hore o bolokehile, a ka ts’etjoa.
Ke matichere, baruti, ke batho bohle ba etsang lintho tsena bao re ba ts’epetseng hore ekaba batho ba ka bolokang bana, joale e ba bona ba fumanoang on the wrong side.
Taba ena e ea sisimolosa hobane re ne re ts’epetse hore ha ba le joalo ba ka ts’eptjoa hore re ka sheba koana, ebabana ba tla bolokeha le basali ba tla bolokeha. Joale feela ka linako tsohle, hangata ho feta hanyane, bona bana ba ts’epetsoeng hore ba ka boloka batho ba bo ‘m’e le bana ke bona bao ehlileng ba ba behang ka bobeng.
Ke tsona litaba tseo ke neng ke re ka ‘nete le rona rea ema, hobane Ntate Mantata ke kene moo a reng re le baetapele re lokela hore re eme ka matla ho etsa le hoba lentsoe -leng hore re etse khoholetso e matla, re nena ts’obotsi ena ea tlhekefetso baneng le basaling ka matla ‘ohle ao re ka a neoang hore ho tsebahale hore ha se ntho eo re ka iphaphanyetsang eona hohang.
Taba ke hore na ebe seo re ka se etsang ke sefe ha re le Marena. Ke hore baetapele ba meetlo re bile re neiloe matla a hoba karolo ea ketsa-melao, le lentsoe le matla la hore re ka fetola melao ea naha, ea e-ba hore na re ets’ang hore re etse liphetoho malebana le ho sireletsa batho bana ba se nang matla, hobane hangata basali ba etsoa hampe ka lebaka la hore ka nako e ‘ngoe ha ba na lentsoe la boikemelo ka lebaka la ho hloka mokhoa oa ho ikemela le ho iketsa matla ka bo bona.
Feela ka nako e ‘ngoe le bona basali ha ba ka ba independent- hosaaa!
[Laughter]
Mosali ha ka ba le ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe –oa sa, ‘me ka hore ho sa, o sa ka ho phahamisa mohatla le mehlahla hona hoo u kekeng ua mo thetsa, empa hee, they are few ba nang le hona hore ba ka etsa hore re lebale, hobane the majority e ntse e le ba nang le mohau oa hore ha ba na matla a ho iketsetsa.
Ka hona, ka ‘nete ba ntse ba lokela hore ba hlompheloe litaba tseno, ba se ke be ba etsoa humbled, ba sotloa, ba suthumetsoa, ba etsoa makhoba ka lebaka la hore re tseba hore ha ba na hona, ba tla etsa sohle seo banna ba batlang ba se etse, ka lebaka la hore ha ba na letho. Taba eo ha ba ka e hopola ba tla etsa hore re ba hlomphe.
Ho ee ho be le banna ba bang bao ke ba tsebang ba hlomphang basali ba bona haholo – ebile hothoe ha u hlompha mosali oa hau ua mo ts’aba, oa u laela, – u rehelloa ka lintho tse ngata! Feela ke nako eo ehlileng u mo hlomphang, u akang litaba tsa hae kaofela ha a bua, u mamela, ‘me ha u etsa joalo ho thoe o u jesitse phehla! Ba re, hee, monna, ho tlameha hore mosali a suthumetsoe, a etsoe lekhoba, a songoe, a etsoe hampe, so, yeah! Ke ka tsela, eo mosali a tlamehang hore a etsoe kateng.
Ke policy ea banna; eseng ba Lesotho feela, u ka ea bo-Xhotseng, boZulung le Europe u tla fumana ho ntse ho na le banna ba joalo, ba reng: ‘I cannot be told by a woman what to do’!
Ke hona moo re qalang teng ha re batla hoba chauvinistic, moo re batlang hore re ba hula-hulake, re ba suthumetse, re ba etse lintho tse bohloko. Joale empa motho ha e le molekane taba ke hore na ke molekane hakae, le hore bolekane bo bokae boo le ka tlamehang ho etsa share litaba ka ho lekana. Ke se ke bua ka rona ba nang le bona ka maharona hore na hana re ba etsa treat joang, pele joalo motho u ea ho hore ke eo u sebetsang le eena ka ofising ‘m’e, eo u lulang le eena ka Senateng, eo eseng oa hau, ho horena u mo hlompha hakae, ha le lutse le bua litaba.
Ho na le lentsoe le bitsoang ‘basali’. Ha le qala le sa utloane hore ke eng-eng, e builoeng eno, o tla cho, a re ke lebitso la ka la bolo. Ba bile ba ipitsa joalo basali, hobane banna ba bangata ba ba bitsa joalo mabitso ao a mabe a hore mosali, empa u s’u robale le eena, u sa mo tsebe, ha le qabana feela o sa re, letekatsi! Joale o tla re, leno lebitso ke la ka la bolo! ‘Me ke ha a le proud ka hore, you know, you are playing! You know, you don’t know me, u mpa u leka ho etsa ts’omo feela – ha a bua ka tsela e joalo.
Ntho eo ke lekang ho etsa mona is to portray monna ka nako e ‘ngoe hore o ee a tlohe a ee how far ha a ea a thulana le motho oa ‘m’e! Mohlomong ba tjena ka lebaka la litaba tsa lipolotiki, tsa ho bua differences moo le ka nkhisetsanang mahafi litabeng, e be ha a u hlola e be u s’u akhela tlhapa, u se u phakisa u mo etsa undermine ka ho mo etsa humiliate hobane a u hlola ka litaba – ka li-facts.
And they do that most of the time – ebile na hakere kea tseba batho ba bo ‘m’e ba na le IQ e fetang ea bo ntate! Na lea e tseba ntho eo ho thoeng ke Intelligence Quotient, ea hore, Ntate Motsamai, bo ‘m’e ba re feta ka eona?
Ba na le hore ba re nahanele ka pele ho re feta, joale ebe re phekisa ho ea ho masculinity, hofeta ho bua li-facts ebe re itlholisa litaba ka eona taba eo, joale ebe re se re etsa fail ha re fihla hona moo.
Joale empa taba eo re buang ka eona kajeno ha e mono hakaalo, e tabeng ea treatment of a woman subject and the child subject ea ho mo hlompha, ho mo hlomphela boeena, u sa mo etse intimidate, because mohlomong u na le a financial muscle, mohlomong u na le muscle ena ea potomane, feela joale u tseba hore o matla a ka tseba ho u tjeka-tjeka.
MAKAPE 25/11/2025 11:48-12:00
MSeheri PHOOKO
HON. SENATOR K. L. K. THEKO: E le batho ba bats’ehali, ba sotloang ke bo-ntate ka tsela ea ho ba hlokofatsa ka motabo esita le ho ba sotla ka tsela eo Basotho le lichaba tse ling li ntseng li etsa.

25th NOVEMBER 2025 Tuesday 12:00-12:12 LETLALO…KHETHAPHOOKO
HON. SENATOR K.L.K. THEKO: Ho motjeka-tjeka ua mo lahlela koana, ua mo thulanya le mabota, ua mo hulanya ka moriri, ua mo etsa ntho tse bohloko kaofela.
This is where we start, empa hee taba e kholo e ntse ele ea ho hlompha the women subject hore mosali ke a human being, ke motho ea lokeloang ho hlompshoa in all respect and aspects tsa bophelo. Ho hlompha maikutlo a hae, ho hlompha position ea hae, le hore ha ho na le litaba u se ke ua mo eisa ka hore you dismiss maikutlo a hae kapele hore ho tle ho tle a hao ka holimo ho a hae; ke mathata ao re nang le ‘ona hangata; ekare reka a lokisa le ‘ona ano, hee.
Empa hee, litaba tseo re li behang mona kajeno ke litaba tsa ho lokisa hore motho oa ‘mé le oa ngoanana kannete ba hlompheloe botho ba bona, ba be ba sireletsoe hore ba seke ba hlekefetsoa.
Maobane ke ithutile hore ho na le lehae leo ‘mé oa rona a neng a le thakhola, ‘Mé Masenate, leo e neng ele setsábelo kapa leo ho thoeng e tlaba setsábelo sa batho bano ba entsoeng hampe, ‘me re ile ra thaba haholo ho fumana hore boholo ba hae bo sebeletsa ho etsa mosebetsi oa mofuta o joalo. Ese eka le ka ba teng ha Mofumahali e mong le e mong; eseng in Maseru only.
Empa le ka ba teng Ha Peete koana, la ba teng haeso Thaba Bosiu, la ba teng hohle ha Marena a Sehlooho hore ebe setsábelo sa batho hore ba balehele teng ha hona le mathata mokhorong oa Moreneng moo batho ba kannang ba balehela teng, feela ha se hore ha re etsa joalo, Ntate Peete, ba otle basali hore ba tle ba tsebe ho balehela teng.
HON. SENATOR P.L PEETE: Kea leboha, Ntate!
Kannete ke ne ke re ke utloa Ntate a ntse a ts’oere hantle, ke hore ka matla a maholo, ke mpa feela ke utloa ke lakatsa hore ke nke ke ‘motse taba eo ke belaelang hore oa e tseba hore ho na le bo-‘mé ba lumelang hore ntate ha a sa boulele ha mo rate, ba lumelang hore poulelo eo ke hore in the cause of poulelo eo u lokeloa hore a otloe ho bonahale hore monna enoa ehlile oa mo rata ha batle letho ka eena!
Na, Ntate, taba eo u ee u e bone?
HON. SENATOR K.L.K THEKO: Morena I am not sure of that one, empa taba ena ha ke qale ho e utloa, hobane le ‘mé Masechele Khaketla ke motho ea neng a rata ho etsa meqoqo e monate ka har’a class. E ne ele tichere ea ka, joale o ne a tlare bo-‘mé ha ba le selibeng e ne e tlare ha monna a otlile mosali mohlomong ana le leqeba ka morao otla apara ntho e tla bontsá motopa ono ha akha metsi, e tle ere ha basali ba ‘mona mono ba re,”manyeo ekaba joale u entse joang moo, a re ‘ha se eena nyeo…’ Ke ho re a bua ka lebitso la monna ea mo otlileng! ‘”Kannete ke ile kamo koati –koatisa’.” Ke hore ekare ke taba e mo entseng hore a be le pride.
Kannete, Morena, ha ke tsebe! Ha ke sure haeba hona joale basali still behave like that! Ke bona eka abuse has just come to another stage eo ehlileng e seng e le mpe haholo hoo hona joale tjena monna h’a otla mosali o mo otla joalokaha eka o otla monna e mong. Ke hore baa ba boxer u fumane hore ha mosali a otluoe ha o mo sheba ‘mele oa hao oa baleha!Ke mahlong, ke molomong, meno a choatlehile – o tamolohile! Ke ho re ke ntho e ngoe e tsábehang! I am not too sure hore ho ntse ho na le mosali ea ka ratang ho bonoa a entsoe joalo this time around.
Haesale nako eane ea khale eo ba neng ba ka’na ba e rata taba eo; haeba ba ne ba hlile ba le joalo e ne ele taba eane ea khale. Ehlile ho n’o nts’o na le banana bano ba bo-Soweto ba hore ‘na moshemane ea sa nkotleng ha nqhaze, moshemane ea sa nkotleng ka mpama, noo! Ha nqhaze! Ke hore ba ne ba le teng banana ba joaloka bana ba bo-Soweto, ba neng ba kena sekolo mona ka nako tsa bo 1976, ka nako eane ea li-riots, ba tla ba le bangata mona ba kena likolo mona, re ba bona ka mefuta –futa, re makalla lipolelo tseno.
Ache, ho na joale tjena, ae, kannete e se e le taba e ka tsósang, kannete!
Marena’ka, ekare re ka etsa boipiletso bo kopanetsoeng, bo tekenetsoeng, ba hore re aka litaba tsena kaofela.
Ke ne ke qetela ke re ke rata haeba Morena e mong le e mong oa Sehlooho a kaba le hae motseng oa hae moo a lulang ofising ea Borena ba Sehlooho, ho be le phaposi eo batho ba ka tlisang litaba tsa bona hoa eba le lepolesa kapa monna oa sehoanka oa motseng mono ea tsebang ho shapa monna ea otlang basali.
Ke ho re ha ho kaba le monna Matsékheng oa sephankha-hali ea tsebang ho shapa ka phafa monna ea bapallang mosaling re ka tseba ho phekola bohlanya bona ba banna ba ithapollelang holim’a basali, ere ha a tauoe a fihla ebe u ntsa raeaka mosali, a etsa’ng, a raeaka bana, a etsa lelapa le hlorileng.
Ha a fihla ere ha atla a ntse a bina ebe bana ba ntse ba re, jonna oe, ebe ekaba kajeno lee o tl’o re etsa’ng, oee!
Monna ea joalo a fumane phafa eka mo lokelang, e ka mo kenyang tseleng!
Botswana ua hopola, Morena, ho na le ntho ea ho khoatha? Ha ke hopole eka Botswana ehlile banna ba teng ha ba setekese joaloka bana ba haeso mona ka ho iketsetsa ka mokhoa oo ba ratang holim’a basali le bana, hobane ba ea khalengoa, ba khoatha; thupa e teng e kengoang ka hare ho bate e ntseng ele hantle tjena e etsang hore monna lesoai le be teng.
Ua tseba ntate Masupha o sakile a sebelisa lesoai nako e telele, ‘me litaba li ne li topa Matsieng ka nako eno.
Kannete hoa hlokahala, Ntate Morena oa ka oa ha Maama le Marena a ka, hore re ke re kenye batho bana phafa joale, hobane mapolesa a fokola. Ha ho na le a retired police officer e kang ena, ha ese ele sieo ka mona, ha ele teng motseng kannete e hloka hore e sebetse e nne e etse mosebetsi oa ho fasa batho bana ba hlanyang. Batho ba keke ba iketsetsa borata kannete ba otla basali le bana ba ba hlorisa re ntse re le teng.
What are chiefs for if they cannot keep – leha ‘Mé Makholu e ntse ele motho oa ‘mé – kapa ‘mé hana e ntse ele batho babo ‘mé ba ntse ba na le banna ba ka tsebang ho etsa mesebetsi e joalo hore ba ka tseba ho re etsetsa silence mahlanya a ratang ho iketsa li hoanka ka har’a motse?
Ntate, kannete re buile hore le rona re ts’ehetsa this effort ea hore bana le basali ba síreletsoe, ‘me ba sireletsoe ke Borena le likanta tsohle tsa tsíreletso ka hare ho Naha ea Lesotho li ikopanye, li etse march, li tsebahale hore li teng, hore batho ba tsebe hore ba síreletsehile, hore ha monna a qala a mo tsépisa limpama a tsebe hore na o tlaea ho Morena mang.
Kea leboha, Ntate.
HON. SENATOR P.L. PEETE: Ke tla li otla ka bokhuts’oane feela, Ntate.
Ke ema ka tsela e ts’oanang ke aka polelo ena ea Ntate e buang ka ho nena tlhekefetso ka malapeng. Ke ema mona, Ntate, ho aka polelo ena e nenang tlhekefetso ka malapeng. Ha ke qala litaba tsa ka, Ntate Vice President, ke rata ho bontsá hore tlhekefetso ka malapeng.25/11/2025 LECHE PHOOKO QAKATHA 12:12
HON. SENATOR R. P. L. PEETE: Ha ke qala litaba tsa ka, Ntate Vice-President, ke rata ho bonts’a hore tlhekefetso ka malapeng – e ka ba ke ’m’e kapa ntate o hlekefetsa ’m’e kapa o hlekefetsa bana ntho eno e ama kholo ea moruo kahare ho naha. Ntho eno e ama thuto ea ngoana sekolong, hape e ama botsitso ka hohle-hohle, hobane, Ntate Vice-President, re re moruo oa naha e ‘ngoe le e ‘ngoe o its’etlehile bokamosong ba bacha ba naha eno.
Ha ho bonahala bo-ntate ba hlekefetsa bana ka malapeng, sena se bolela hore ha re tl’o ba le bacha ba kamoso kapa banna le basali ba kamoso ba lokileng kapa ba tsitsitseng ka likelellong hantle, hobane motho ea holang a koatile, a hola ka anger, a ka etsa eng kapa eng.
Ke hore motho eno ha a ile a hlekefetsoa, a betoa, e ka ba ke moshanyana kapa ngoanana, a hola a etsoa lintho tsa mofuta o joalo, motho ea joalo o hola ka pelo e bohloko hoo e leng hore le ho motho e mong ha a se a ile a feta tlas’a maemo a joalo ha a utloisisi hore na eena hoban’eng le eena a ke keng a a etsa ho motho e mong. Sena se bolela hore haeba re na le batho ba kamoso ba nang le likelello tse rotten hakaalo seno se bolela naha eno e joalo e tl’o oela tlas’a bofuma bo ke keng ba fela.
E leng hore, ntate, litaba tsa ho lokisa bokamoso ke long term project e lokelang hore e qaloe hang-hang. Ke long term project eo re lokelang hore re se ke ’ne ra re re tla qala kamoso. Ho lokela hore hang-hang melao – e le teng e ngotsoe kapa e sa ngoloa monna e mong le mosali e mong le e mong, mohaisane e mong le e mong ho ts’oaranoe ka matsoho hore ho ts’ehetsanoe ho nena tlhekefetso ka malapeng.
Ntate Vice-President, ua tseba, Ntate, re na le maemo a tsitsipanyang kapa a tsekitlano hona hoo u ka utloang u ipotsa u le motho hore na ebe bophelo malapeng a angoang ke ntho ee bo tsamaisoa ka tsela ea sebopeho sa mofuta ofe.
Nkile ka ba le situation haeso mane moo ’m’e a ileng a tla moreneng a tla a matha a pepile ngoana. ‘M’e enoa ha a fihla a fihla a bolela hore ‘Morena oa ka! Ngoana eo u bonang ke mo pepile ke ngoanak’a oa bosupa, ke na le bana ba ts’eletseng hae feela ha ba sieane hakaalo-kaalo, e moholo o ntse a batla a lekana le eena enoa, joalo-joalo ho ea fihla ho first born, ha ba sieane haholo.’ Joale ka re ho eena ’M’e, molato? Na ua sebetsa? A re: ‘Ha ke sebetse, mosebetsi oa ka ke ho etsa lioashene malapeng.’ Ka mo botsa hape ka re: Ntate oa sebetsa? A re: ‘joale eena o sebetsa ho noa makhampopo letsatsi le leng le le leng.” Ka re: ‘Joale molato oa hore bana ba bangata hakaale-kaale ka tlung, empa joale re phela nakong ee ea tlala e tjee? A re, “Ntate Morena, ntate eo oa moo ha a fihla feela letsatsi le leng le leng oa hlahlamisa. Letsatsi le leng le le leng ha a tsoa joaleng feela o oa hlahlamisa. Ke buile ke khathetse. Ntate enoa ha a fihla feela le bana bana ba ntse ba e-s’o robale!
A boela a re joale ha ho na likamore ntlo ena ke 1 roomed house, bana bana ho ntse ho hlahlamisoa ba ntse ba le mona. Ke hore ke re u ke u utloe sehloho seo ha u le motho u ipotsang ebe tlhekefetso ea bana le ‘m’e eo ke ea mofuta ofeng eo re e bonang metseng koana!
Ka mo bitsa motho enoa! motho enoa a re ho ‘na “Morena ke kopa ts’oarelo ke ee be ke sa tsebe hore na ke kenoe ke eng.” Ke re: “Ha u tsebe u kenoe ke eng?” A re: “Ntate, ke kopa ts’oarelo kea be ke sa tsebe hore ke kenoe ke eng.” Ke mokhoa ona ke ts’ehetsang mantsoe a ntate Khoabane ha a re e ekare ho ka ba le sehoanka se tiileng se liphaka-phaka seo e tlare nako ena kaofela ho se ke ’ne hoa thoe ho emeloa molao kapa lekhotla ho etsa qeto, motho enoa a muloe hona mono hang-hang. A hle a khalengoe hona mona hang-hang taba ena e sa ntsane e chesa tjena e sa futhumetse.
Ke hore seso se phunngoe se sa ntsane se e-na le bolalu, ho se ke hoa emeloa pula e marotholi a sephara haholo. Ho na le nako ea hore mapolesa a re ha ’m’e a ile mane a re o il’o tlaleha li-symptom tseo a ntse a li bona hore mona tlhekefetso e tlo qetella e le teng ebe mapolesa a re ha ho e-s’o ka ho e-ba le tlolo ea molao ha ho na ntho eo re ka e etsang.
Ke hore ba bua ntho eno, ha a e-s’o ka a u pshatla hlooho ee ha ho e-s’o ka ho e-ba le ntho eo re ka e etsang hajoale. E leng ho re o tlameha a u khakhathe pele, re bone u le mehele-hele ea maqeba then ke hona re ka ra reng joale re nka khato, hobane ha u e-s’o ka o ba le…
HON. SENATOR S. K. MASUPHA: Potso eo ke neng ke re u ke u nthuse ka eona, Morena oa ka, ke ena: na ke ntho e nepahetseng, joalokaha u ntse u bua hantle ka litaba tsena tsa tlhekefetso, hore haeba ngoana oa hlefetsoa ’me ha a hlekefetsoa o hlekefetsoa hobane batsoali ba kentse letsoho – nkhono oa ngoana eno o kentse letsoho hore ngoana eno oa hlekefetsoa.
Ha nkhono enoa a nkoa a isoa mapoleseng nkhono o re ke rata ha ngoana enoa oa ka a nyaloa. Ke ngoana e monyane lilemong. A re: “Ke rata ha ngoan’enoa oa ka a nyaloa” ebe taba ena e ea mapoleseng ha a fihla ho mapolesa ona a fihla a re “ae lelapa le se le lumellane hore motho enoa a ka nyaloa” feela ntho ena e le tlhekefetso, motho enoa a ile a qala a hlekefetsoa pele?
Ebe ka eona u ka r’eng,Morena oa ka?
Kea leboha.
HON. SENATOR R. P. L. PEETE: Kea leboha, Ntate Vice-President.
Ntate Seoli, taba ena ke taba e teng. Ua tseba ho na le li-culture tse ling – haholo-holo tsena tsa Masolomane moo u tla fumana ngoana a ntse a le monyane, le sekolo ha ba na taba le sona hakaalo-kaalo; akere mokhoa oa bona ke batho ba phelang ka likhoebo.
Le sekolong bana ha ba na taba le eena hakaalo, ha a qala a thuthuha a mela liola-molara feela ba se ba ntse ba mo batlela hore na ke monnanyana ofeng kapa lelapa le nang le hona ele hore ho nkoe ngoana enoa a isoe lenyalong. U fumane ngoana a nyalisoa motho ea so kang a ratana le eena! Hakere batho ha ba nyalana ba tlameha ba utloane, ba tsebane le hore ba be ba fihlelle agreement eo ea ho nyalana ka bobeli ba bona? Eseng batsoali ba il’o lumellana ka bobona e le batsoali hore ho nyalisoa bana ba sa tsebaneng le ho tsebana! Ntho eno ke tlhekefetso ka boeona, Ntate.
Ke ho hlekefetsa motho ka tsela e khethehileng. Motho eo motho a il’ong ho phela le eena bophelo bohle ba hae a sa kang a tloha a mo ratile, a sa kang a tloha a khahluoe ke eena ho tloha qalang, a sa kang a mo tseba hohang at any given stage – kannete taba eno ke taba e malimabe ka mokhoa o makatsang.
Ke rata ho tsoela-pele ke re ho boetse ho na le boemo ba hore u thole hore ntate ka tlung o hlekefetsa bana, ebe ‘me o emela ntate! Ke ho re u thole ‘m’e enoa a sireletsa monna oa hae.
Ho na le li-situation tse joalo tseo re li tsebang. U thole hore ‘m’e enoa o hana ka monna enoa oa hae, ebe ngoana o hola a le tlas’a boemo bo joalo ho ts’irelelitse eena ‘m’e enoa, a sirellelitse ntate enoa kapa a ts’osa ngoana enoa hore ngoana enoa a se ke a etsa joang.
Feela on the other hand re na le maemo a mang a bohloko haholo ao u tla fumana ntate a hlekefetsoa ke ‘m’e. U thole ntate a hlekefetsoa ke ‘m’e – ‘m’e ha a ts’oara ntate ka lioashene mono u fumane ntate oa Molimo a kopa ts’oarelo, a re: “‘M’e, ke kopa u ntlohele”! a mo ts’oare a mo sisinye hanyane a re ka nako e ‘ngoe ntate ho na le eo ke mo tsebang; o ne a sebetsa merafong koana e le okhomane, a sebetsa haholo. Ha a fihla hae mona a fihla le li-20 litres tse tletseng mala-moholu kapa mafura. a tla a kakatetse le school bag se ts’etse le lichesele le lintho tse ngata, a roallela lelapa la hae.
Ntate enoa oa Molimo e ile eare ha a sa sebetse eaba hothoe a tsoe ka tlung a il’o lula ka mok’huk’hung, eaba ntate enoa o se a lula ka mok’huk’hung. Eaba ntate enoa ke ea mo botsa ha a tlile ho ‘na a tletleba a re: “Morena, bophelo boo ke bo phelang mola,” joale a hlalosa tsona litaba tsena. Ke re na, lijo tsona oa lifuoa? A re, “Ntate, u ntse u bua ka lijo! Ekare ke re kea otloa uena u bua ka lijo?” A re, mora oa ka – ke ho re ke ne ke bolela lijo hore na oa ja. Lijo ka mefuta, ekaba lijo, metoho, joalo-joalo! Ka ‘motsa hore na oa ngoatheloa mono na?
A re, u bua ka sechaba se hole haholo sena seo u ntseng u bua ka lijo; ha hona ntho eo ke e jang ha u mpona ke le tjena! A re, ke robala ke itsosa. A re taba ea lijo u bua ka pale ea khale ha ke e-s’o ka ba ke fuoa letho esale selemo sena se qala! Ke re, “ao, batho ba Molimo, banna! Ke bomalimabe bo bokakang!” A re ke se ke bile ke behiloe ka mok’huk’hung, ha ke sa lula le ka tlung.
Ka re, “empa U na le bana – bana baa ba hau ba re’ng? A re, Ntate Peete, ha u s’o utloe mor’a ka ha a fihla a fihla a botsa ‘m’e oa hae a re, “helang, ‘m’e, haeka motho eo ha a e-s’o ee selibeng tjee!” Ho buuoa ka ntate oa teng. Joale ‘m’e oa teng ha arabela a re, “u ee u k’u ‘mone a ets’ang? O ee a etse eng eena eo?” Ho buuoa ka ntate oa teng. A re u ee u k’u ‘mone a ts’oarisa matsoho? Hakere matsoho aa a hae oa bona ekare a bohloko.
Joale ha ntate enoa a ea mapoleseng a fihla a hlalosa a re, “ntate ofisiri, ‘m’e eane eo ke lulang le eena oa nkotla,” bo-ntate mapolesa ba qala ka ho keketeha pele, ba ts’eha, ba utloa monate, ba re: “U r’eng, monna? A k’u qale hape.” Ebe motho oa Molimo o tla qala story a bolele hore na ‘m’e o mo etsa eng. Ha ofisiri e ‘ngoe e kena ba mo qalisa qalong hape ba re, a k’u hlalosetse ofisiri na o r’eng. Joale ke ne ke re kannete ehlile litaba tsena tsa tlhekefetso ke litaba tse nammeng; li pharalletse li hloka hore …
There is a two way flow; re tlameha re shebe hore bo-ntate ba hlekefetsoa ka malapeng. Ke ee ke ba shebe bo-ntate bana ba Molimo ba sebetsang bo-merafong kaofela hoa bona kapa boholo ba bona ba hle ba ikeletse hore motho a hle a be le mok’huk’hu mono lapeng ha hae.
25/11/2025 LECHE PHOOKO QAKATHA 12:12

There is a two way flow; re tlameha re shebe hore bo-ntate ba hlekefetsoa ka malapeng. Ke ee ke ba shebe bo-ntate bana ba Molimo ba sebetsang bo-merafong kaofela hoa bona kapa boholo ba bona ba hle ba ikeletse hore motho a hle a be le mok’huk’hu mono lapeng ha hae. MOHAMI 25 NOVEMBER 2025 12:24-12:36 TS’UKULU PHOOKO
HON SENATOR L. PEETE: Ke ee ke ba shebe bo-ntate bana ba Molimo ba sebetsang limmaneng, hore kaofela hoa bona, kapa boholo ba bona ba ee ba hle ba ikeletse hore motho a hle a be le mok’huk’hu mane lapeng ha hae, hobane ha a qala a khutla koana a se a le hae mona ha a sa tl’o hlola a lula ka mane, o se a tl’o tlameha ho lula ka mok’huk’hung.
Ke ne ke re, Ntate, ehlile…
HON K.L.K. THEKO: Potso eo ke nang le eona, Morena, ke ekang hore na bo-’m’e ha ba abuser bo-ntate ka tsela ea mohlomong pressure ea lintho tse ling – ke ho re ho na le physical abuse and emotional abuse, ebe ‘m’e o tla re – ha u rekile koloi e itseng ebe o tl’o etsa press hore na ke bone koloi ea Morena Peete na! Ekare re ntse re le ma- Senator re le babeli na ha kea e batla k’eng! Ke hore ebe kea etsoa press, ere ha re u chaketse ha re bona u bula likharetene ka remote e be joale ke se ke batloa le ‘na ha ka hore ke batle likharetane tse buloang ka remote! Na, Ntate, u utloa pressure e kang eo, Ntate, ho re na ke nthoe bohloko bo bokakaang?
Na ua e utloa, Ntate, na ke ntho e bohloko hakakaang, ka ‘nete?
HON SENATOR L. PEETE: Ntate Vice-President, ua tseba potso eo Ntate Khoabane a e botsang, Ntate, ea fahlolla? Ke ho re u tla utloisisa hore tlhekefetso e mefuta e mengata ka tsela e ts’abehang! Ua tseba u tla bona motho oa Ntate a apere baki a ts’oanetsoe; u bone e le sehoanka-hoanka a ts’oanetsoe a le mokana athe ha kena ka tlung ka mane o fetoha sekoropo-lapa! Ke ho re u fumane hore e ba sono ena ena kapa u thole hore o palame koloi eno e tenya eno athe ha a na le chelete ea petrol hobane a rekisitsoe koloi ena ke ‘m’e, hobane ho bonoe ea mang mang.
Ke ho re ha ho na ntho e bohloko joalo ka ha u ka ba le pere feela u se na sale! Ke ho re ebe u na le koloi feela ha e na mabili. Ke ho re ke ntho e bohloko ka tsela e makatsang, Ntate! Ke ntho e bohloko ka tsela e makatsang! Athe ua tseba ha u ka itulela kahar’a mokhoro oa hao feela u na le khotso ke ntho e monate ka mokhoa o makatsang. O ituletse kahar’a mokhoro oona ono oa hao ono o ruletsoeng ka joang feelau lutse ka mono ka khotso,Morena oa ka oa Maama, ha ho na ntho e monate joalo ka eno, ho feta hore ebe matlo ana a palamane ke a hao, feela ka mono uena u monyane ho feta moshanyana. Ke hore u ts’oana leha – ke ho re u liheleng u ntse u le mona lefats’eng! Ha hona ntho e bohloko joalo ka eno.
Ntho ‘ena eo ke le phetelang ka eona, Ntate Vice–President, ke hore ho na le ntho eo hothoeng ke rhetoric justice, ea nakong ea bo-Morena Moshoeshoe le bo ntate- moholo oa rona ha ho ne ho s’o ka ho ba le system ena ea West, ena e re hlolang, eo re sa tsebeng ho e sebelisa. Ha re atlehe ho phela le eona, ea re hlola.
Ke ho re ke hopola Puo e ‘ngoe eo ke neng ke e bona mona linthong tsa marang-rang – Ntate Leabua a re:_ ke khale koana! A re ke hona ho tlang nako e thata batho bane ke hona ba tlang ka lipuso tsena tseo hothoeng – _hana k’eng tsee tsa kopanelo, tsa li coalition? Kea tseba re e bone ntho eno eo Ntate Leabua a ntseng a e bua, ke ntho eo hothoeng o ne a e bue khale pele re nahana hore re tla be re le ho era ena eo re leng ho eona hona joale.
Joale ke ne ke re ka nako eno ea baholo-holo ba rona, ho s’o ka ho ba le systems tsena tse ngata tsena re ne re phela ka khotso. Marena, Ntate Sempe, a ne a e-na le matla,’me matla ao ke buang ka oona ha se a boikhohomoso, empa ke a ho sireletsa sechaba, ho khalemela sechaba. Ke matla a hore morena atsebe ho kena lipakeng, matla a hore morena a tsebe hore o neutral ke morena oa batho ba likereke tsena tsa lihloma-u-hlomolle! Ua li bona tsee tse hlongoang moo ebe hosane e se e le sieo?
Ke morena oa kereke e Catholic, ke Morena oa kereke ea Evangeli, ke Morena oa kereke ea ZCC, ke Morena oa likereke tsohle ka ho pharalla -u sa li khethe! Le morena ka tsela e ts’oanang ho bona kaofela.Ke Morena oa batho bohle ba fapakaneng, ka liboko le ka eng, ke tlohella bana ba lipoletiki, hobane bona ha ke ba rate ka tsela e khethehileng, hobane ha ke s’o bone batho ba sa hlompheng joalo ka batho bano! Feela le bona e ntse e le batho ba morena.
Ke hobane ke bona ba tlisitseng instability ka mokhoa o fetisisang.
Feela hee, ha ke batle ke tlohelle taba ea hore batho ba lipoletiki ke baikhabi, ba ichebile feela bobona, Ntate Maama, ba ichebile feela bobona! Hono ke ‘nete eo re kekeng ra e baleha. Ke ho re motho oa lipoletiki o ichebile feela bo-eena ,mosali oa hae le bana ba hae – ke phetho! Bana ha a na taba le bona banathe rest; a ka mpa a baoka-oka feela hore ba mo khethe!
Ha u bone ere ha ba qeta ho mo khetha, bana ba bang kaofela bana ba sa mo khethang ekare ha se batho, batho ke bana feela ba mo khethileng. Joale ke bona ba ntseng ba re tlisa boemong boo re leng ho bona, feela ha hona ntho eo re ka bang…_ ho na le ntho eo re lokelang hore re utloisise hore ha u sa atlehe ho e fetola u e amohele. Ke hore hoo re kekeng ra atleha ho ho fetola re tlameha hore re ho amohele, kaha re ke ke ra re lipoletiki li be sieo nakong ea democracy.
Democracy e bolela hore motho e mong le e mong a ikhethele ho re na o busoa ke mang. Joale re tlameha hore re amohele hore ba teng, feela eka le bona poletiki ena ba ka e utloisisa hore ntho ena ea hore ebe le litlhekefetso li kana ka malapeng ke hobane u tsebe ba ts’aba ho etsa reprimand motho, hobane e le motho oa poletiki ea hae.
U tsebe bapoletiki ntho leha ba ntse ba e bona hore ntho ena e mpe, ba ts’aba ho bua hobane ba batla ho oka-oka, ba etsa massage bakhethi!
Hakere leha u ntse u bona hore moo ho bohlasoa kahar’a seterata ka moo ho chesitsoe, ho behiloe mek’huk’hu, e behiloe ka pele ho mabenkele a batho, batho bana ba mabenkele a bona_ke li investor ba tsoa koana, ba tsoa Australia, ba tsoa kae ba re ba tl’o etsa khoebo mona ho be ho fihloa ho behoa mok’huk’hu oa masenke a mafome ka pele ho khoebo ea motho enoa – ke hore ua utloa motho eo o tla ba tlame thoto a tsamaee?
Ka nako eo puso e incumbent e ke ke ea bolella batho bana hore, ‘tlosang masenke ana a lona mona’, hobane batho bana ba tl’o tla ba re puso ena e ea re hlekefetsa, joale ebe ho polotikoa ka ntho eno eo e tla bang hore mopoletiki eno o sa ts’oha, o sa ts’aba ho khalemela batho bana.
Ke ho re ke ne ke re u tl’o utloe hore le ho eona tlhekefetso ena mebuso e ts’aba hore e tiise e behe leoto fats’e ho re, ‘ha ho etsahale ntho ena’, hobane motho ha bua kathata oa mopoletiki e tlaba joale ha sa tl’o tla a khethoa.
Joale ua utloa hore nare tl’o tla re -_ke mokhoa ona ke neng ke re, Ntate, ekaka Borena bo ka matlafatsoa, kaha ha ho na ntho e sa ntlafatsoeng, kahoo ese eka moo e bang Borena, ka lebaka la hore morena ke motho ea tsoetsoeng ke monna le mosali ea nang le nama le mali, ekaka re ka se mo ahlole ka hore marena ana a tjena, marena ana a tjena, joalo ka ha eka ho na le ba benyang tseke-tseke.
Ha hona mofuta o benyang tseke-tseke, Ebile Marena a betere. Marena a na le kutloelo, a nahanela sechaba! Ekaka marena ho ka be ho khutlisetsoa kapa_ ho etsoe restore that matla a Borena ho re, ‘morena, u k’u be le matla a hore u ahlole’. Ho ahlola ha se hoa hore re re morena a re motho a ee 15 years teronkong.
Ho mpe ho be le mokhoa oa hore motho a ke a khoathe, motho a ke a khoathe moshanyana a roakileng ‘mae, a roakileng ntata’e, a ke a khoathe – hobane le ho roakana kahar’a motse ke tlolo ea molao, ho roakana kahar’a motse kapa ho roaka mosali oa hao u le monna u ntse u mo roaka u ’malolla – nthoeno ke tlolo ea molao, e ntse e le another kind of abuse!
Joale ‘na ke ne ke re, Ntate, ekaka marena a ka khutlisetsoa matla ane a ‘onaao re neng re tseba hore a sireletsa sechaba, a sireletsa thepa ea sechaba, a sireletsa lintlafatso tsa sechaba, a sireletsa bophelo ba sechaba ka hare ho motse, le nthoe ‘ngoe le e ‘ngoe.
Hona joale tjena ke utloile mane hothoe morena o bolailoe Lekokoaneng, Ntate Sempe! Hothoe morena o bolailoe, joale ke utloa batho bano mono ba bua joale le bona ke sa tsebe hore na ba kenya Marena a sehlooho kae litabeng tseno tsa mofuta o joalo! Ha se Marena a Sehlooho a bolaileng motho eno!
Hothoe, ‘a kae ‘ona Marena ao a Sehlooho? A kae hona joale?’
Ke utloa e lahla moelelo oa hore e be ho ne hothoe a etse joang Marena a Sehlooho hona moo? Ee, Marena a Sehlooho a busa Marena, Marena a Sehlooho a lokela ho ba teng, empa ekeke eare ha Morena oa Sehlooho a se teng lefung eaba oa thakhisoa ho sa tsejoe ho re na ebe lebaka le etsang hore e be ha eo mono ke lefe, joalo ka ha re tseba hore Marena a Sehlooho a na le mesebetsi e mengata le metse e mengata.
Hona joale haeso koana Mats’ekheng ho na le batho ba lebelletseng ho re ebe ke teng mono ho bona – e ka ba ke moketeng kapa ke mabaka a mangata a ka ‘memang hore e be ke teng mono sebakeng seno. Empa hona joale ha ke eo ke ‘na enoa ke Senateng, le hosane ke tla be ke se mono ke tla be ke le hokae-kae!
Morena oa Sehlooho ha liehe, Ntate! Ke ee ke utloe ho ntse ho buua hothoe oa liehisoa, empa lehaeba ha a eba teng ke hobane a ntse a ts’oere kae-kae, hobane o matsoho feela a mabeli!
Joale, Ntate, ka ‘nete ke ts’ehetsa Polelo eno, Ntate, ea hore, oele, ka ‘nete! Tlhekefetso ka malapeng ha re ke re bone hore e ea moriting e le hore naha ena ea Lesotho ea Morena Moshoeshoe – Morena Moshoeshoe ea neng a re khotso ke khaitseli ea hae, re ke re ‘ne re phele ka tsona lipolelo tse ts’oanang le tseno.
Joalo ka ha hothoe Moshoeshoe ke khoetsa ea Basotho, re hopole hore ke eena mothehi oa sechaba sa Basotho, re se ke ra itebala!
Ntate Mohato oa re o re eletsa re le marena, re le Litho tsa Ntlo ea Mahosana, re le Babusi hohle moo re leng teng hore re se ke ra icheba bo-rona. Re nts’e bo-rona ka hare ho rona re kenye bo-Molimo e le hore re tsebe ho hauhela sechaba seo re se etelletseng pele ka linako tsohle, e le hore ho se ke be hoa e-ba le nako eo re itebalang. Re be bo-‘mesa mohloane ka nako eohle kaofela, sechaba se be le ts’epo ho rona e le kannete le ka tieo re tlang ho se ts’ireletsa.
Kea leboha.
MR VICE PRESIDENT: Litho tse Khabane, ka ‘nete le buile ka matla ana a ha esale. Le buile litaba tse kholo ka tsela e khethehileng. Litaba tsena tseo le li buileng ke utloile ebile le entse hore eke ho ka ba tjena. Mohlala, ke hore itsoe re ke ke ra nena tlhekefetso matsatsi a 16.
Morena oa ka oa Sehlooho oa Matsieng le Honourable Senator Moshoeshoe ba itse tlhekefetso ena e tšoanela ho nenoa selemo ho pota, e seke eaba matsatsi ano a 16 feela.
Ke hore le buile litaba tse matla. Morena oa ka oa Thaba o buile hore ekare le ka kopanela taba ena la etsa boipiletso bo kopanetsoeng ebe lea bo tekenela ebe ho ba le structures Liofsing tsa lona koana tse nanabetsang mosebetsi oane o neng o thakholoa Ntlong ea Borena bo boholo maobane, hore mosebetsi oo o se ke oa fella Ntlong ea Borena bo boholo.
Lona le le Marena a Sehlooho le tšehelitse Botlotlehi le bone hore le etsa extend ntho eno e se felle ka mane, hobane batho ba ke ke ba tloha metseng koana ba tla mona Phaleising kapa ba ea mono moo eleng hore ho entsoe Centre eno e tl’o tla e sebetsana le litaba tseno, kahoo le lona le etse li-centre.
Le buile litaba tse matla haholo ka seriti sa bana le bo ‘Me’, ka boitšepo ba bona boo eleng hore bo thefuloa ke litaba tsa tlhekefetso. Joale empa e kholo-kholo ‘na eo ke e utloileng ke hore le re litaba tsena tsa tlhekefetso li etsa malapa a se nang thabo, li etsa malapa a tletseng khalefo. Joale haeba malapa a joalo a tletse khalefo, ha a na thabo, ke ho bolela hore ha li etsahala ka hare ho metse le tla etella pele metse e tletseng batho ba se nang thabo, ba tletseng khalefo.
Joale ho tsamaisa batho ba tletseng khalefo ho boima ka tsela e makatsang, hobane ba heleha joaloka mangope. Re tla etsa Sechaba se se nang thabo, re tla etsa lefatše le se nang thabo.
Ke utloile ka’nete le na le Litšitsinyo tse kholo hoo ke bonang ekare ho betere – joale ka ha ke utloile Morena oa ka oa Matšekha a itse matla a Marena a khutlisoe – hore ho khutlisoe litaba tsa Restorative Justice. Litaba tsena li tla thusa hore litaba tseno li phethahale.
Eleng ho re ke utloa eka litaba tsena tseo re li buileng letsatsing lena le hloka hore le tl’o li etsetsa motion ka mona, joale ‘Muso o tl’o iketse pronounce holimá litaba tseno tseo le li sisintseng.
Ka’nete ke leboha haholo, ke utloa le buile litaba tse kholo haholo, Marena a ka le Litho tse Khabane tsa Ntlo.
Ha ke fetela ntlheng e hlahlamang, Litho tse Khabane, le tla hopola hore ho latela Litsebiso tse ileng tsa etsoa ka mona bekeng e fetileng ho ne ho itsoe ho il’o ba le Joint-Sitting ea Matlo a mabeli Labohlano la beke e fetileng, moo Letona la Lichelete le Meralo ea Ntšetso-pele le ne le il’o teka Mid-Term Review Budget mane National Assembly. Litaba tseno ha lia ka tsa tsoela pele ka Labohlano.
Re ithutile Kopanong ea rona le National Assembly hore e tsoetsoe ke taba ea 10thAmendment. E entse liphetoho, ‘me ho ke ke hoa kopanoa ka tsela eo ho neng ho ntse ho kopanoa ka eona pele e ba teng.
Joint Sitting e tlameha hore e nke sebopeho seo eleng hore e itšetlehile ka litaba tse ka hare kapa the provisions of the 10th Amendment ho qoba Point of Order tse ngata feela tsa hore ha rea itšetleha le contents kapa provisions of the new Constitution.
Joale ka lebaka leno Matlo ana a mabeli, ka boetapele ba ona ba The President and The Speaker of the National Assembly, ka mona ka ho rona in line with Standing Order 100, a entse temporary Standing Orders tse tla etsa hore tsamaiso ea Ntlo hosane e tle e nyalane le provisions of the Amended Constitution, e leng 10th Amendment.
Joale Matlo ana a mabeli a entse joalo. Taba ena e bolela hore ka mona ka habo rona ka Senateng Ofisi ea President e entse temporary Standing Order in line with Standing Order100 (1) (b).
Standing Order seno sa nakoana, ho latela tsela eo re sebetsang ka sona, ha se etsoe debate, Litho tse Khabane, ‘me Tafole ea haeso e nkholisitse hore e se e le romeletse sona ka marang-rang.
Ke re ke le hlokomelise taba eno feela e seke ea le makatsa hore na ho etsahala joang. Eleng ho re hosane ha re ea ka mane sebakeng sa Joint-Sitting le taba ea tsamaiso, ho il’o ba le Co-Chairpersonship kapa litaba tseno tsa hosane li il’o tsamaisoa ke Boeta-pele ba Matlo ana a mabeli.
Next Item, Mr. Clerk…
(Interrupted).
Ntlha ea Tsamaiso, Honourable Senator Motsamai.
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ke se ke ema ke ho rata litaba hobane u ne u re ha li etsoe debate Amendments tsena kapa Standing Order sena seo re se bonang. Joale empa na, Ntate, ekaba ha se bohlale hore mohlomong ho hle ho etsoe draw specifically Standing Order sa Joint-Sitting?
Ha ke sheba, ke etsa peruse, ke fumana hore ho thoe kae-kae ho etsoa apply either Standing Ordesr tsa National Assembly kapa tsa ka mona depending hore Presiding Officer e tšoereng e bona joang.
Na ha se bohlale, Ntate Vice-President, hore, che, hona tjena re lumela kaofela hoa rona hore ho il’o huloa Standing Orders tse specific for Joint-Sitting, feela re tla li etsa withdraw re nkile ho tsa National Assembly, hape re nkile le tsena ebe re li etsa harmonise
ele hore Joint-Sitting e be le its own Standing Orders tse tla etsa hore le moo ebang mohlomong Likomiti ho ka etsahala li lule?
Ke hobane joale kea bona, Ntate Clerk,( ke hle ke bue le lona) hore Provisions tsena tseo re nang le tsona ha ho na moo u bonang li etsa apply moo Joint-Sitting ekaba e bitsisoe ke Presiding Officer, empa feela they are meant for Likomiti hore li kopane, li buisane moo ho ka etsoang taelo eno.
Ke nahana mohlomong ha e ka ea theohela mono, Bahlomphehi, e ka re thusa haholo hore re tsebe ho sebetsang ‘moho. Feela taba ea ka ke hore na ha se bohlale hore re li etse draw, Ntate, ho ba ka bang bonolo.
Akere ke ho qotsa mona le mane feela ele hore tsena li be le tsamaiso eo eleng ea tsona! We should not leave in ambiguous process eno, hobane e mong a ka e etsa abuse. Ke bona eka ‘na ho ka ba bohlokoa haholo, Bahlomphehi, ha re ka ra e sebetsang, ra e khutlisetsang mono, ele hore re tle re tsebe ho e qeta.
E mpa e le tlhahiso ea ka.
Kea leboha, Ntate.
MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Senator Motsamai, u opile khomo lenaka. U otlile sepekere hloohong. U behile monoana tabeng. Ho lokela ho ba joalo ha ho nepahetse under normal circumstances.
Ke ntse ke utloa hore Litho tse Khabane ba ntse ba bua li-challenge tse tsamaeang le litaba tsena tseo ba seng ba li tseba historically. Joale empa ha ho nepahetse ho tšoanela ho be ka tsela eona eo u buang ka eona. Ho tšoanela ho be joalo.
E leng ho re ka’nete at the end of the day we just have to pursue taba ena eo u buang ka eona. Ke eona eo re tlamehang hore re tl’o e etsa pursue no matter hore na e na le li-challenge life le mafika afe ka hare ho eona. Ke eona ntho e nepahetseng e lokelang hore e tsebahale.
Hoo empang ho etsahala hona tjena ke hore ka’nete nako ha e sa le eo ea hore re ka etsa mosebetsi ono, because it is a lot of work to be done. Joale re tšoanela ho lula hosane. Ke ntho ena re entseng a temporary Standing Order.
Ke lumellana le uena, Setho se Khabane, u nepile.
Litho tse Khabane, re na le Motion mona ka pele ho lona ka mono, feela oo eleng hore ha o s’o butsoe.
Ke kopa hore ke kope tataiso ea lona, Litho tse Khabane.
Question Put and Agreed to.
MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Senator Moshoeshoe, ke kopa u re tataise.
HON. SENATOR M. MOSHOESHOE: Ka’nete ke ema mona ka ho phetha thomo eo ke e fuoeng. Che leha hole joalo ke re thomo ena ke ile ka e fuoa hoseng ha ke fihla, etsoe ‘na ke tloaetse ho tsohella.
Mong’a ka Ntate Chief-Whip o teng, Ntate, kahoo ke u kopa ka hona hore ke laetsoe hore ke tle ke bale Motion ona o mokhutšoanyane; empa ha ho ne ho nepahetse li ne li tlameha hore li tsoe le uena. Ke mpa ‘na ke le motinyane feela o rongoang.
Ha u o ntumeletse, ke re, Bahlomphehi ba ka, ke ema ka Notice of an Urgent Motion.
Urgent Motion
Motion Number 54: Adjournment Sine Die
That this Honourable Senate when it rises today, Tuesday the 25th November, 2025 it do adjourn Sine Die.
HON. SENATOR M. MOSHOESHOE: Ke phomolo eo ruri eseng ea mohlolo. Calendar ea rona ea Paramente e ea lumela. Re sebetsa ka Calendar ea Paramente. Re na le linako tsa Keresemese le tsa Paseka le tsa Mariha, ‘me joale ho fihlile nako eane eo re tlamehang ho phomola, re ke re eeng hae, Bahlomphehi, re il’o lema, re eeng hae re il’o keteka matsatsi ana a boletsoeng.
Matsatsi a entsoeng list mona ke ona ana a ho nena tlhekefetso.
TECHNICAL CHALLENGES….TECHNICAL CHALLENGES…………
THEREFORE, RECORDING LEADING TO ADJOURNMENT NOT AVAILABLE.