HANSARD 18 MARCH 2026

KINGDOM OF LESOTHO

PARLIAMENTARY DEBATES

SENATE CHAMBER

DAILY HANSARD

OFFICIAL REPORT OF THE SENATE

FIRST SESSION – ELEVENTH MEETING

ELEVENTH PARLIAMENT

Tuesday 18th March 2026.

LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG

1. Hon. Seeiso B. SeeisoPrincipal Chief of Matsieng
2. Hon. Joel A. MotšoenePrincipal Chief of Leribe
3. Hon. Sempe Gabasheane MasuphaPrincipal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan
4.Hon. Mamolapo M. Q Majara Principal Chief of Ha Majara
5.Hon. Tumane MatelaPrincipal Chief of Makhoakhoeng
6.Hon. Moeketsi Moletsane IIPrincipal Chief of Taung
7.Hon. Lerotholi Mathealira SeeisoPrincipal Chief of Mokhotlong
8. Hon. Lerotholi L. Seeiso   Principal Chief of Likhoele
9. Hon. Theko D. BerengPrincipal Chief of Phamong
10.Hon. Mojela T. MakhaolaPrincipal Chief of Qacha’s Nek
11.Hon. Seeiso S. H. NkuebePrincipal Chief of Quthing
12.Hon. Nthupi A. Bereng                     Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote
13.Hon. K.L.K Khoabane ThekoPrincipal Chief of Thaba-Bosiu
14.Hon. Mitchel S. MaamaPrincipal Chief of Ha Maama
15.Hon Moholobela M. Moholobela Principal Chief of Matelile
16.Hon. Bereng G. Seeiso Api  Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake
17. Peete Lesaoana PeetePrincipal Chief of Koeneng le Mapoteng
18.Hon. ’Mako T.MohalePrincipal Chief of Tajane, Ha Ramoetsana le Ha Mohale
19. Hon. Khoabane T. MojelaPrincipal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso
20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli Principal Chief of Botha-Bothe
21.Hon. Pontšo S. MathealiraPrincipal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere
22.Hon. Qeto Sekonyela Principal Chief of Malingoaneng
23.Hon.’Mawinnie KanetsiSenator
24. Hon. Lebona KhoaeleSenator
25. Hon. Thabiso LebeseSenator
26. Hon. ‘Maphakiso LebonaSenator
27. Hon. ’Mabataung Patricia                                MokhathaliSenator
28. Hon. Sehloho Henry MonatsiSenator
29. Hon. ‘Makholu MoshoeshoeSenator
30. Hon. Neo Matjato MoteaneSenator
31. Hon. Seabata MotsamaiSenator
32. Hon.Richard RamoeletsiSenator
33. Hon. Limpho TauSenator

PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO

SENATE CHAMBER

Tuesday 18th March, 2026

The House assembled at 10:30 a.m.

(MR VICE PRESIDENT in the Chair)

PRAYER

The Chaplain led the House in Prayer

ANNOUNCEMENTS FOR THE CHAIR

MR. VICE-PRESIDENT: Ke kopa ho le lumelisa le ho le amohela Litho tse Khabane. Ke Laboraro, ‘me rea tseba hore ke letsatsi la lipotso tseo hangata e ea beng e le lipotso tse hlahang koana sechabeng, e le litaba tsa sechaba tseo ba batlang kapa ba romme Litho tse Khabane hore ba tl’o ba botsetsa tsona le ho ba batlela tlhakiso.

 Re tl’o tsoelapele ka mosebetsi ona, empa pele ho moo, Litho tse Khabane, ke kopa ho le hopotsa litsebiso tseo ke ileng ka li etsa maobane, hobane li ntse li le relevant le kajeno.

  • Hona kajeno kamorao ho lijo tsa mots’eare Komiti ea Ketsa Molao e tla kopana le Lekala la Lihloliloeng, ka Administration boardroom e mokatong oa pele, ho tla ts’ohla molaoana oa Fuel and Services Control Making and Quality Regulations, 2025.
  • Komiti e ts’oanang e tla ananela tlaleho ea komiti holim’a The Business Licensing and Registrations Regulations, 2015.
  • Ke kopa ke le hopotse, Litho tse Khabane, hore hosane ka Labone Komiti ea Boiketlo ba Litho, e leng Amenities Committee, e ntse e tla kopana ka Committee Room 2 level 1 ho tla… Ke kopa ts’oarelo hanyane. Ke ne ke ile ka hlalosa hore Komiti ea lona ea Boiketlo e tla kopana hosane ka Committee Room 2 Level 1 ho tla ts’ohla litaba tsane tsa tlaleho ea sitting arrangement ea Litho tse Khabane ka mona. Rea hopola hore taba eo e ne e ile ea hlaha, empa pejana joale tlhopiso e entsoeng ke hore Komiti eo ea Boiketlo e tl’o lula ho sheba litaba tsena, ‘me joale etlare ha e qetile kea kholoa e tla etsa tlhophiso ea hore e tle e tl’o etsa tlaleho ka koano hore na e sebelitse joang.
  • Komiti ea SDGs ka nako e ts’oanang, e leng ea 9:30 am e tla kopana ka Committee Room Level 1 ho ea ts’ohla litaba tsa eona.
  • Hona hosane ka Labone la la 19th March, 2026 hang ha Ntlo e phomola ke ne ke ile ka tsebisa Litho tse Khabane hore re memeloa kopanong hona ka Chamber moo re tl’o kopana le Millennium Challenge Lesotho Compact II moo e tl’o re tekela litaba tsa ho koaloa hoa that compact le hore na tlhophiso ke efeng hore mosebetsi oo o neng o tlo tšehetsoa ke that compact ka lichelete –  neheletsano ea ona ke efeng ho ‘muso hore o tle o tsoelepele ka ts’ebetso eo. Ke ile ka hlalosa, haeba le tla hopola, Litho tse Khabane, hore Ma-Amerika ka Millennium Challenge Account e ne e le taba ea ts’ehetso ea lichelete, empa li-project tsa mesebetsi le li-program tsa ts’ebetso tsona ke tsa rona, ha se tsa ma-America, ‘me haeba ma-America a se a hula chelete ea bona ha ho bolele hore joale li-project tse ts’oanelang ho ntlafatsoa le ho fetola maphelo a Basotho li ts’oanela ho emisa. Tsona li tla nne li ts’oanele ho tsoela-pele! ‘Me joale litaba tsena li tla tla li ts’ohloa hosane hang ha Ntlo e phomola.
  • Hona hosane hang ha Ntlo e phomola kamor’a lijo tsa motšeare Petitions committee e tla kopana ka Administration Boardroom level 1.

 Ke litsebiso tseo re neng re na le tsona tsa letsatsi la kajeno.

Next item, Mr. Clerk.

HON. SENATOR J. A. MOTS’OENE (POINT OF ORDER): Kea leboha, Mohlomphehi. Ke qetetse ka Ntlong e ka tlase ho ne ho…

Ha se moo ke lulang, ke kopa ke bue lebaka la hore na hoban’eng ha ke sa tsebe na ke lula kae.

MT. VICE-PRESIDENT: Ha re se ke ra sebetsa joalo. Ke moo u  lulang moo? Khutlela moo u neng u lutse maobane.

Hape ha ke ntse ke bua u ts’oanela ho lula fats’e.

HON. SENATOR J. A. MOTS’OENE: Kea leboha, Mohlomphehi.

 Ntlheng ea ka ea Tsamaiso ke bua ka eona taba eo ea tulo ka mona kahar’a Ntlo. Kutloisiso ea ka e ne e ele hore ha re nyoloha tlaase koana re tla nne re lule ka tsela eo esale thehong ea Paramente ena baholo-holo ba rona ba lula ka eona ka mona. Ha e se e fetoha ha ho thoe letho ho Litho! Maoba ha re qala ho kena kahar’a Ntlo ena, ke ne ke beuoe mona moo Morena oa Butha-Buthe a lutseng teng, ‘me maobane ha ke thola a lutse mona ke ne ke re kea mo tebela a re, aa, ke thola pampiri e lutse mona joale ke se ke thola motho a se a beuoe mona joale ho sa thoe letho ho rona. Re ne re tseba tsela eo re lulang ka eona ka tlase ka koana ho tloha boholo-holong ba rona, joale e se fihla e fetoloa! Hore na e fetoloa ke mang, a ipapisitse le eng –  a sa re letho ho rona! Ke hore re se re le bashanyana feela ba huloang feela moo ba supisoa moo ba lulang ho sa thoe letho ho bona ka litaba tsa litulo.

Le haeba Komiti e teng e tsamaisang boiketlo ba rona ka hare ho rona ka mona ke kutloisiso ea ka e fokolang hore ebe Molu-Setulo oa Komiti e joalo o bitsitse Litho kaofela ho re, ‘Litho tse Khabane, le tsebe ha re nyolohela ka holimo Ntlong eane ho tl’o fetoloa tsela eo ho luloang ka eona; le ke ke be la hlola le lula ka sebopeho se tjena, ‘me mabaka ke ana le ana’.

Ha hoa thoe letho, Mohlomphehi! Hana re e nke e le eng taba ee? E ntse re busetsa mane moo re reng re bona Setulo ka Tafole se se se sena kopano le rona, se se se etsa litaelo tseo re sa li tsebeng tseo ka nako e ngoe e tla re u re u tla mosebetsing hoa be hothoe Ntlo e koetsoe!

 Hana haeba e etsahala joalo ke le Setho ke tla re’ng? Ke hobane kutloisiso ea ka ke hore tsamaiso e nne e nepahale joalekaha re ntse re tseba na Tsamaiso ea Ntlo e eme joang. Empa ha ho se ho etsahala liphetoho ho sa thoe letho ho Litho –  hana taba eo e r’eng ho Litho?

Kea leboha, Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT: Ka ‘nete ke ne ke sa lebella hore e be Point of Order ena e teng, hobane ha ke utloe le mabaka a hore e be e teng le mabaka a hore u e entse! Lebaka la ka ke hobane ke entse tsebiso mona maobane ke e entse le kajeno hore taba ena e ile ea hlahisoa kahare ho Ntlo ka mona, ‘me ke hlalositse hore Komiti e ikarabellang litabeng tseno e il’o lula ho ts’ohla litaba tsena, kahoo ha ke utloe hore na u etsa raise taba ena empa re se re ntse re hlalositse hore Komiti e il’o lula fats’e joang.

Ka ‘nete ke nka ho nepahala hore re hlomphe Komiti, Litho tse Khabane. Ha re na le likomiti ka mona re na le balula-litulo, ‘me ke kopa re ba fe tlhompho eo e ba lokelang hore ba il’o etsa mosebetsi hobane ba fuoe mosebetsi oo on our behalf.

 Re le Litho tsa Ntlo ha re ba feng monyetla oa hore ba il’o etsa mosebetsi, joale ha ba qetile ba tla khutla ba tl’o tlaleha. Ke utloa eka re ba ts’abisa hore e be batsamaisi ba Likomiti, kahoo ha re se keng ra ts’abisa Litho tse Khabane ho ba Litho tsa Likomiti, hobane ke li-colleague tsa rona.

Ha ho na le taba e sa u khotsofatsang, why u ke keng ua mo atamela ho re, hela! Hona le ho tla phahamisa litaba in front of the media and everybody, why re ka se mo atamele? Joale re etsa eka o fokola haholo kapa o na le bofokoli bo boholo. Why re tlameha ho tla bo etsa expose?

Re itse Litho tse Khabane li il’o lula hosane ho mamela le ho sebetsa ngongoreho ena, hobane le ile la e teka. Ha ke utloe na hoban’eng re e etsa ka mona, Mohlomphehi oa ka! Ha re se keng ra etsa joalo!

I hope ha u tl’o kena ho litaba tsena hobane ke li arabile.

HON. SENATOR M. MOLAPO: Kea leboha, Ntate Vice-President.

 Taba ena ka tsela eo u e hlalositseng ka eona ke se ke hula litaba tsa ka, hobane ke ne ke re feela ka khopotso ea hore Komiti e lula hosane taba ena ho tla kenoa ho eona, kea leboha.

HON. SENATOR J. A. MOTSOENE: Ka ‘nete ke soabile haholo ebile ke kopa ts’oarelo ho uena ka taba ena.

Ua tseba ho na le taba e ‘ngoe eo ke ileng ka e etsa raise ha ke tla etsa potso ea maobane ea Ntlha ea Tsamaiso hore na ha re na le mathata na re etse joang? Ke botsitse hore na ke mang Molula-Setulo oa Komiti ea Boiketlo –  ke botsa kahar’a lebota la Litho, empa le ho fihlela letsatsing lena ha ke e-s’o fumane karabo e joalo. Le Litho tse Khabane ha ba ka kena kahar’a lifono tsa bona ba sheba potso eno eaka ba tla bona hore ha ea arajoa.

Taba eo kutloisisong ea ka e fokolang e ne le hobane ke ne ke utloisisa hore molula-setulo oa Komiti a ka nthusa –  kapa, Ntate Clerk, Tafole ea hao e ka nthusa. Joale empa ke re ha se lintho tse etsahetseng tseno, ke mokhoa ona ke ileng ka re haele tjena nke ke botse Setulo hore na litaba li tsamaea joang.  

Joale, che, ha ke tsebe, Ntate, haeba u utloa eka ke botsitse hampe, ka hona ke kopa ts’oarelo, ha re li tlohelle li hole ‘moho, re tla li bona mohla kotulo.

MR. VICE-PRESIDENT: I hope ha u tl’o araba, ‘m’e. Ke kopa u lule fats’e.

Litho tse Khabane, maobane ka mona Morena Mohale Morena oa Tajane ho na le taba eo a ileng a e teka e amanang le litaba tse administrative’ eaba rea ananela ra re taba eo e ntle ka mokhoa o makatsang re ntse re e sebetsa. O ile a e teka ka mona ra re taba ena e tekiloeng e ntle ka tsela e khethehileng, ‘me rea e ananela re tl’o sebetsa ka eona.

Ha ke rate hore ha re le ke mona e be ha re ts’ohle litaba tsa Ntlo e leng litaba tsa sechaba. Ka mona re tšohla litaba tsa sechaba, kahoo ha rea ts’oanela re tl’o tseka litaba tse nyane tse kahar’a liofisi, tse ka likomiting, e be ke tsona tseo e leng ho re Litho kapa sechaba se tl’o mamela tsona. Sechaba se tl’o mamela hore na Ntlo e Khabane e tl’o fetola maphelo a sona joang, e ntlafatsa maphelo a sona joang. We should not be much more concerned ka hore na rona litaba tsa rona re ts’oanela ho li etsa address administratively joang.

Taba ea hore re tl’o bua litaba tse seng tsona, tseo eseng tsa sechaba ka mona ka ‘nete ha ea nepahala, Litho tse Khabane.

Morena Mohale o tlile ka taba e ntle haholo eo ke lumelang hore ke eona eo re ts’oanelang ho sebetsa ka eona.

 HON. SENATOR M. MOLAPO: Kea leboha, Ntate Vice-President. Molimo o tla mpha bohlale ba hore na hosane ha ke etsa wrap up litaba tsa ka ke tla leka ho arabela litaba tsena tseo ke neng ke batla ho li etsa raise joang.

 Kea leboha.

HON. SENATOR S. B. SEEISO: Ntate Molula-Setulo, ke kopa ho botsetsa Morena Tholo Potso eno ea lekholo le motdo o mong (101).

101. LONG OUTSTANDING PAYMENT OF A FOOD SUPPLIER IN MOKHOTLONG

MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa ka! Kea hlokomelisoa hape-hape hore le uena ha oa lula moo u ts’oanetseng ho lula and that should never happen Morena oa ka. Ha ke batle hore ke lule ke loantšana le uena ka taba ea moo u tšoanelang ho lula hona teng. U tlameha ho lula mane moo u neng u lutse teng mohlang ke tla re, u tle u tl’o tla u arabela u le hona teng.

Honourable Minister of Finance!

Ntlha ea Tsamaiso ka Honourable Seeiso.

HON. SENATOR L. M. SEEISO: Rea leboha, Ntate Vice-President.

U ka se etse Ruling in the past joale ha u ts’oanela u be consistent ebe joale ua e fetola. U qeta ho mo tlosa mane and he did comply a leba mane, joale ka hlompho Morena Seeiso ha a ee moo a ts’oanelang ho bua a le hona teng.

Thank you.

MR. VICE-PRESIDENT: Morena Seeiso o moo a lulang hona teng. Ke itse a ee moo a lulang hona teng.

Honourable Minister of Public Works!

HON. SENATOR M. MOTEANE (MINISTER of PUBLIC WORKS): Kea leboha Mohlomphehi.

Ke kopa hore Potso ena ea 101 e mpe e chechisoe, Letona la Lichelete le hlokahalletsoe ke motsoali oa lona. Joale ka’nete ha lea ka ba la re fa briefing bo lekaneng. O tla tla a e araba Bekeng e tlang.

Kea leboha, Mohlomphehi.

101. LONG OUTSTANDING PAYMENT OF A FOOD SUPPLIER IN MOKHOTLONG

Was deferred

102. EDUCATION TO RESPOND TO SOCIETY’S NEEDS

HON. SENATOR T. M. MOHALE: Asked the Minister of Education the following:-

  1. Does the type of education that was introduced during the colonial period in Lesotho serve the needs of Basotho people; what revolutionary measures has the Ministry undertaken to ensure that our education system is geared towards national development?
  2. How many non-formal education institutions are there in Lesotho, and do they still provide basic skills that they were intended to; is there a plan to increase their number?
  3.  What steps has the government undertaken to assist them with necessary supplies?

MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Minister of Education!

Honourable Minister of Works!

HON. SENATOR M. MOTEANE (MINISTER of WORKS on behalf of MINISTER of EDUCATION): Kea leboha, Mohlomphehi.

Potso ena e Likarolo li tharo (3). E ne e botsa hore na ebe maikutlo a Lekala ke afe, ha ho shejoa thuto e ileng ea kenngoa kahar’a naha during the colonial period le hore na ebe thuto eo e ntse e araba litlhoko tsa Basotho. Joale haeba ha ho joalo, what revolutionary measures has the Ministry undertaken to ensure that education system is geared towards national development?

Ea boela ea botsa ka Litsi tsa non-formal hore na li kae kahar’a naha ‘me li fana ka thuto ea mofuta ofe? Le hore na ebe morero o teng oa hore li eketsoe?

Ea qetella ka ho botsa hore na tsona li non-formal education institution tseno na ‘Muso o itheretse ho li thusa hakae ka li thusa-thuto?

Karabo e re mofuta ona oa thuto, o ne o tsamaisoa haholo ke barumuoa, e leng Baruti kapa Missionaries. Li ne li fana ka thuto e bobebe e neng e shebane haholo le lithuto tsa bolumeli, ho bala le ho ngola le litsebo tsa litaba tsa li-ofisi.

Thuto ea kajeno e hahiloe ho hlahisa baqapi (entrepreneurs), bo-ralikhoebo le litsebi tse nang le botsebi ba ho sebetsana le mathata ao naha ea Lesotho e tobaneng le ona.

Manane Thuto a macha le lihlahlobo ho kengoa ts’ebetsong hoa leano la Basic Education Policy, 2021 ke a mang a Maano a tlisang phetoho thutong ea rona haholo maemong a tlaase.

Lenane lena le se le feta le kenyeletsa boithuto ka temo, likhoebo, boithuto ka mesebetsi ea matsoho joaloka ho sebetsa ka mapolanka, ho roka, ho sebetsa ka ts’epe, tšebeliso e ntle ea marang-rang. Ka Lehlakoreng le leng, malebaleba a bophelo eleng ho bitsoang life skills le ‘na a se a kenelletse.

E thusa baithuti ho sebetsana le lintho tse kang bophelo bo botle, litaba tsa HIV/AIDS, bonngoe le likamano tsa botho le ba bang. Mehato e meholo e bonahalang ke e latelang; ho kenngoa hoa Competency based model boemong ba secondary education le ho phahamisa le ho ntlafatsa litsebo ka technology le mesebetsi ea matsoho, ho hlahisoa hoa Lesotho Advance Secondary Certificate e hokahanyang thuto ea secondary le maemo a thuto ea lefatse.

Joale re ee Potsong eane ea Thuto ka ntle ho sekolo (non-formal education). Lithuto tsa ho bala le ho ngola boemong ba mantlha (basic education) e na le metebo e 155 e phatlalalitsoeng Literekeng tse robong (9) ‘me tsona ke Lethathamo le letelele. Ebile ke bone hore le ha Morena Mohale –e teng mona empa ha a sheba Karabo ena, eo re tlang ho mo fa ka mongolo kea kholoa o tla bona, ke se ke ka u nkela nako e ngata Ntate.

Metebo ea Litsi tse boletsoeng holimo, e ntse e fana ka thuto le litsebo tsa mantlha ho ipapisitsoe le ‘Thomo le Chebelo-pele ea Lekala la Thuto e Kantle ho Sekolo’.

Mekhahlelong ea Mantlha, Litsi li fana ka Lithuto tse latelang;

  • Ho tseba ho bala le ho ngola Sesotho.
  • Tsebo ea mantlha ea lipalo.
  • Tsebo ea mantlha ea ts’ebeliso ea thepa ea mahlale.
  • Tsebo ea mantlha ka ts’ebeliso ea chelate.
  • Thupelo ka mahlale a boipheliso (Income Generation Schemes) mohlala, ea tlhahiso ea litlotso tsa ‘morobei, juice ea lekhala, temo ea lifate tsa liperekisi, tataiso ea litsebi ho tsoa Makaleng a amehang a ‘Muso joaloka Lekala la Temo le Kanetso ea Lijo le Lekala la Bacha le Bohahlauli.

Boemong ba Thuto e Mahareng teng, ho fanoa ka Lithuto le Litsebo, Lintlheng tse latelang;

  • English language
  • Sesotho
  • Mathematics
  • Geography
  • Biology
  • Development studies
  • Physical science
  • Business studies
  • Economics and
  • Accounting

E le ho eketsa Litsi tse fanang ka thuto ea mofuta ona, Lekala la Thuto le Koetliso le ntse le etsa moralo oa ho bokella manane a Litsi tse Ikemetseng Metseng (Service Providers) e le hore ha Molao oa Thuto e ka ntle ho Sekolo o feta, li tle li ngolisoe ka molao e le ho akofisa mokhoa oa ho fetisa thuto.

Ho ntse ho ts’oaroa lipitso tsa sechaba le ho etsa liphutheho le Bakhethoa le babusi ba libaka le hape ho sebelisa liea-le-moea ho phatlalatsa Phetoho ena e tlang.

Potso ea ho qetela hore na ‘Muso o li ts’ehetsa joang. E le ho nanabetsa thepa Litsing tsena tsa rona, ‘Muso o ntse o abela metebo thepa e kang Lingoliloeng (Printed Materials) ka ho fapakana ho latela tlhoko ea motebo ka mong.

Ho ntse ho hlopshoa hore thepa eohle ea boithuto joaloka Libuka tsena li rekoe (procure), li tsamaisoe (distribute) ka ho fapakana ka kabo ea thepa likolong ho bitsoang School Supply Unit.

Kea leboha, Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT: E re pele ke u fa potso e nyanyeletsang Morena oa ka, re utloe Point of Order.

HON.SENATOR S. K. MASUPHA: Kea leboha Ntate.

Ha Mohlomphehi Letona a ntse a bala taba ena founung ea hae, ntho e ileng ea khutla ho ‘na ke ea hore ka hona kahar’a Ntlo ena re ile ra etsa kopo ea hore na e ne e ke ke ea ba bohlale hore haeba karabo e le teng potsong eo ke e entseng, na e ke ke eaba hantle hore bonyane mong’a Potso a e fumane pele e tl’o tla e baloa ka koano?

Taba eo e ile ea hlaha eka ho thoe ho tla imamelloa eona, ebe ka morao hore re lumellane joalo Mohlomphehi, le ho fihlela hona joale taba eo ho ntse ho imamelloa eona?

Ke eona Ntlha ea Tsamaiso ea ka Mohlomphehi.

Kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Ache! I am not aware of that Karabo Morena oa ka, empa ke tla kopana le bahaeso ba tle ba nthuse hore na Karabo e joalo e ile eaba teng, le hore na haeba e ile eaba teng na joale re atamela litaba tsa eona joang.

Potso e nyanyeletsang, Morena Mohale.

HON. SENATOR T. M. MOHALE: Kea leboha, Ntate Vice-President.

Ke leboha Karabo ea Letona le Khabane la Thuto. Kea kholoa potso e nyanyeletsang ke ea hore na ntlafatso ea matichere Lekala le e sebetsa joang?

Rea tseba hore motho ha a tsoa Sekolong sa Botichere kapa likolong tsohle o ntse a hloka hore a chorisoe hore a etse mosebetsi o nepahetseng. Rea tseba hore mathata ao re nang le ‘ona ka matichere ke a seng monate ka lebaka la matichere a sakang a koetlisoa hantle hore ba its’epe, ba etse mosebetsi o tla tla o chorisa sechaba sa kamoso.

Joale ke ne ke re, ho bonahala ho na le tlhokahalo e kholo ea hore matichere a ntlafatsoe ka litsebo e le hore a tle a re fe sechaba se nepahetseng.

Tabeng ea Ntlafatso ea matichere Lekala le hakae ka eona?

Ke ntse ke bua ka litaba tsa matichere, rea tseba hore ebile sello sa nako e telele sa matichere a sa pataloeng hantle.  Ebe mathata a litaba tsee tsa matichere a sa pataloeng hantle na ebe Lekala le ntse le li sebetsa joang?

Ha ke feta eno ea matichere, kea kholoa ke taba ea likolo. Libakeng tsa rona re na le Likolo tse hlabisang lihlong, tseo ebileng sello sa nako e telele hore ho se ke hoa ba le phapano ea ngoana ea ithutang Maseru mona le ngoana ea ithutang haeso Ribaneng. Joale empa ha u sheba litaba tsa likolo le litaba tsa hore na feela thepa ea bana e fihla joang, e ntse e le qholotso e kholo.

Ke ne ke mpa ke botsa Letona hore na litabeng tsa liqholotso tsa likolo tse seng hantle, le ho etsa bonnete ba hore thepa ea sekolo e fihla hantle teng Lekala le ha kae na?

Kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Ke ne ke re pele ke u fa monyetla hore u arabe Mohlomphehi Letona le Khabane, I hope hore Bohlanka ba Lekala la Thuto bo teng ka mona hobane le haeba Mohlomphehi Letona le Khabane ka lebaka la collective responsibility u ntse u araba Potso ea Letona le Khabane la Thuto, ha ho se ho etsoa lipotso tse nyanyeletsang, li tla fapana le tseno tse ngotsoeng mono tseo le mo ngolletseng tsona hore a li arabe.

Bohlanka ba Lekala la Thuto bo ts’oanela bo be teng ka mona e le hore bo tsebe ho thusa the Honourable Minister hore a arabe Lipotso tseno.

Kea leboha Honourable Minister, ke kopa u arabe.

HON. SENATOR M. MOTEANE: Kea leboha Mohlomphehi.

Koantsanye ke bona eka e ntse e atamela. Ke mpe ke tiise hore ke le Motsamaisi oa Business ea ‘Muso ka mona ka Ntlong, ka’nete taba ea hau, ena eo u e buang kamehla e se e le thuto e thophothetseng.

Ke ne ke se ke bile ke itlamme hore ha Liofisiri li sa tle, ha ke na ho arabella Letona Lipotso ka mona. Le kajeno lena re hlile ra bona hore le haele mona Ntlo ea Bakhethoa ba Sechaba e emellane le litaba tsa Budget ka mane tse ntseng li tsamaea leha li kikitlela, empa Matona a mpe a felehetsoe ka Liofisiri tsa bona.

Ka’nete Letona la Thuto le nts’epahaletse haholo. E ne e le eena ea ntseng a tsamaisa Economic Policy ea ‘Muso ka mane hobane Letona la Lichelete le ne le le sieo.

Karabo ea potso ena e nyanyeletsang ke ena. Ke kopa ke qale ka ena ea Likolo tse seng maemong a hantle. Ka’nete likolo tsa rona ha li maemong a hantle libakeng tse ling. Libakeng tse ling li maemong a hantle, empa libakeng tse ling u tla fumana hore ebile ke sekolo se lutse mono se seholo feela baithuti b’a fokola.  ‘Me Lekala le ntse le tsoela-pele ka ho aha likolo le ho bona hore the issue of uneven distribution of classrooms is attended to.

Ea bobeli ke hore Matichere a neng a kolotoa ka mabaka a fapaneng lilemong tsena tse peli boholo ba ‘ona bo patetsoe. Che ka nako e ‘ngoe ho oa etsahala hore u fumane hore tichere e joalo ha e sa fumaneha ha bobebe, empa mokoloto ono ‘ona ha oa bola, ba ntse ba pataloa.

Litabeng tsa hore na joale lithusa-thuto tsena tseo ekang stationery li etsoa joang, ke joetse Ntlo ena e Khabane hore ho ea qetellong ena ea selemo, likolo tsa primary kaofela li fuoe stationery hore mosebetsi o tsebe ho qalella selemong sena, kea leboha Mohlomphehi.

HON. SENATOR M. KANETSI: Ke u lumelise, Mohlomphehi Motlatsi oa President le Tafole ea hau, Litho tse Khabane le bohle ba teng ka mona.

Potso ea ka e nyanyeletsang, ke hore na, li peli kea kholoa. Ho na le moo ke utloileng eka ho buuoa ka taba ea Life Skills, moo ho neng ho na le lenane-thuto la hona tjena le kenyelletsa Life Skills, ‘me ke utloile eka ho ntse ho thetsoa hanyenyane hore tsona li fanoa tlas’a Non Formal Education. Kea kholoa ba tla ntlhalosetsa hore na tse fanoang tlasa Formal Education le tse fanoang tlas’a Non-Formal li fapana joang.

Kea kholoa potso ea ka haholo-holo e holima hore na ho na le coordination lipakeng tsa Ministry of Agriculture ho Life Skills tse Agriculture-related le Ministry of Education kapa e mong le e mong o sebetsa in silos? Ke utloa eka ho na le a lot of coordination that happens between the Ministries regarding taba ena ea Thuto and Life Skills. Joale mohlomong motho u ka utloa hore na is there any coordinated strategy ke Ministry tse fapaneng tse nkang karolo thutong ea bana either ke Life Skills kapa other related subjects na?

Ke e tlatselletse ka hore taba eo e bohlokoa haholo hore Ministries li se ke tsa sebetsa in silos, eaba e mong o na le terms tsa hae ka nqa eane. Ebe e mong le eena o na le tsa hae ka nqa eane eaba ha li nelehetsane le hore syllabus kapa whatever information e fanoang e tsebe ho ba consistent and helpful ho baithuti. Ke hore ho se be le information e tlang e thulana e etsa contradict kapa e fapana, so ke potso ea ka ea hore na Ministry o sebetsa joang le Makala a mang?

Ea bobeli ke hore na ebe, ena mohlomong ke potso kapa ke Motion ha ke tsebe. Taba ea Entrepreneurship, ebe ha re ntse re sheba moo re lebang teng. Ebe eka se be thuto e tlamang at a level ea Tertiary for every Tertiary Institution. Hona tjena ke sa re haeba ha ke fose, ba tla nthusa. Ke sa re ke Limkokwing feela e fanang ka Entrepreneurship as a course. Athe ha u shebile hore Entrepreneurship ke bophelo, e namme hoo ngoana e mong le e mong ea etsang thuto efeng kapa efeng e tlamehang hore a tsebe litaba tsa Entrepreneurship, e namme hakaalo.

In my view, e ne e lokela hore e tlame at a particular level ea Tertiary ha motho a kena teng kapa Primary, wherever it starts but Entrepreneurship e be embedded in every syllabus kapa level of schooling eo ngoana a e etsang e le hore a hole a sa ntse a tseba taba ena ea ho iqalla, le ea ho iketsetsa ho tloha qalong. Bana ha ba qala ba phahama feela, re se ntse re ba fa mekotla ea lilamunu ka school holidays hore ba il’o rekisa lilamunu, ba ilo rekisa liapole, that is Entrepreneurship.

Empa ha re ka e qala hona moo, e ne e tla kenya the spirit of boitjaro ho feta ena eo re nahanang hore e tla etsoa pele mane. E le hore ha re e nelehetsana e le Course, ebe e se e-ba bonolo e-ba a way of life ea bana ba rona. So, ke re na ebe Ministry o ka e sheba joang kapa le se ntse le etsa eng ka eona? Kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Ke utloile hore u lakatsa eka ka ntle ho karabo eo Mohlomphehi Letona a tla fane ka eona, u lakatsa hore u tle u etse a Motion ka taba ena. Ke ne ke bona hore ehlile u batla ho kenya Motion. Tsela eo u no so bua ka eona. U ne u hlile u batla ho etsa presentation.

Joale ke re ae Mohlomphehi, despite karabo e tla fanoa ke Mohlomphehi Letona a k’u imamelle hore u tlo etse Motion, joale the substantive Minister a tl’o o utloa because u etsa policy proposal litabeng tseno e se nang ho ama litaba tsa thuto feela, empa e tlo tla e ama le litaba tsa moruo, Mohlomphehi Letona le Khabane.

HON. MINISTER M. N. MOTEANE: Kea leboha Mohlomphehi, ke leboha le mona moo u so nts’o u nts’irellelitse ‘me u kopile Setho se Khabane hore re tle re bue taba ena mohlomong e le Motion, joale mong’a litaba a tla be teng. Empa ke kopa ho araba ena ea Life Skills. Currently Life Skills cuts across Primary Education and it is compulsory.

Secondly, ena ea Lenane la Thuto le leng aligned le Makala a mang, the process of developing Curriculum ehlile it is a collaborative effort. Ehlile e etsoa le Lekala la Temo le Kanetso ea Lijo, empa ebe e kenyelletsa le Makala a mang.

Ho na ho Life Skills mono Thuto ea tsa ho itlhokomela e kopaneloa le Lekala la Bophelo. Kea kholoa ke eane eo mehlelng ea khale e neng e le Subject e neng e bitsoa Hygiene, eo ‘na ke ileng ka e ngola ka 1971 eaba ha ke sebetse hantle ho eona.

Ea ho qetela, tabeng ea Entrepreneurship at Tertiary Level ha se Limkokwing University feela le Botho University e na le Entrepreneurship. ‘Me morero oa Lekala ke hore e etsoe integrate at Tertiary Level hantle, because joaloka mabaka ao u a behileng Mohlomphehi ehlile ke hona moo u bonang hore re haelloa haholo ho iphelisa le ho inahanela hore na ebe re intlafatsa joang, it is in the policy.

Kea tšepa Mohlomphehi u bone selemong se tsoang ho feta, mane moo e neng e le Moshoeshoe II High School, sebaka seno ka lebaka la hore se ne se se na bana ba bangata, se ile sa fetoha karolo ea Lekala la Lerotholi Polytechnic haholo at Tertiary Level. Litaba tsena kannete re tla li nka mofao Mohlomphehi, ke ka mokhoa oo re se ntse re sebetsa ka teng, ke tla li fa Letona le hle le li chorise kamoso, kea leboha Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT: Litho tse Khabane, I am aware hore taba ea technology e re thusitse hore re be more advanced linthong tse ngata haholo.  Ke kopa hore culture ea Ntlong re e etse maintain ea hore ha u batla ho botsa potso u eme, ke ‘nete u ka penya mono. Mohlomphehi Monatsi, u ka tsoela-pele.

HON. SENATOR S. H. MONATSI: Ke u lebohe, Ntate Vice-President, ke etsa potso e nyanyeletsang ho Ntate Letona la Thuto hore na ebe ba hlokometse e le ba Lekala la Thuto hore bana ba rutoang ba bangata haholo hoo ba ke keng ba lekana ho hiroa. Na ha ho bohlokoa hore ebe bana ba qaloa fatše mane Primary ho fihla Secondary ba se ntse ba rutoa mosebetsi oa matsoho, oa temo le tse ling?

Bekeng e fetileng ka la 11 ke ne ke le haeso mane Malingoaneng ho bokane likolo tsa High Schools, tseno tsa Mokhotlong kaofela, bana ba fetang makholo; ke supa hore batho bana ba hloka hore Lekala la Thuto le fetole litaba ba rutoe ho tloha fatše mane Primary ba se ntse ba otloa ka litaba tsa ho itšoarela ka litaba tsa matsoho joalo-joalo. Ntate kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Mohlomphehi Letona le Khabane.

HON. MINISTER M. N. MOTEANE: Kea leboha Mohlomphehi, taba eo re ileng ra e araba ea hore at Secondary Level, Lekala le ntse le itukisetsa hore le tle le etse introduce a Three Stream System. Ehlile e tla etsa hore litaba tsa ho itšoarela ka matsoho le ka kelello, hobane e se matsoho feela a ntšetsang naha pele, le boinahano ba hore na lintho li etsoa joang e ntse e le karolo e kholo. ‘Me taba ena e tla kenella ho review ena eo e ntseng e etsoa ea Curriculum, kea leboha Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT: Honourable S. M. Moholobela, potso ke e hlahlamang, Ntlha ea Tsamaiso Morena ua ka oa Leribe.

HON. SENATOR J. A. MOTS’OENE: Kea leboha Mohlomphehi empa ke ema ka Ntlha ea Tsamaiso haeba u ntumella ke tle ke nyanyelletse karabong ena ea Mohlomphehi Letona le Khabane, le ha ke ntse ke tsoa feela ho na le boithuto boo re ileng ra bo etsa haholo ka botebo le mong’a potso, kea leboha Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT: Ere ke utloe Morena ua ka u no batla hore u nyanyelletse potsong kapa karabong eo Mohlomphehi Letona a e entseng? A k’u hlakise Morena ua ka.

HON. SENATOR J. A. MOTSOENE: Ke re ke shebile Potso ea 102 ea Setho se Khabane Morena oa ka, Morena oa Tajane. Joale ke re ke utloile eka Mohlomphehi Letona le Khabane u ne a ntse a fana ka likarabo joale ke nyanyelletse mohlomong tlhakisetsong mohlomong tabeng e ‘ngoe likarabong tseo a faneng ka tsona Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT: A k’u tsoele-pele Morena Moholobela a tsoela-pele re tsebe ho e feta.

HON. SENATOR J. A. MOTS’OENE: Kea leboha Mohlomphehi. Kea kholoa ke shebile B ea teng moo Setho se Khabane Morena ua ka Morena oa Tajane a neng a bua ka naha ea Lesotho hore na e na le likolo tse kae tsa mesebetsi ea matsoho, na li ntse li fana ka litsebo tseo li reretsoeng ho fana ka tsona ha li ne li thehoa? Hape na moralo o teng oa ho eketsa palo ea tsona?

Che re na ke mehato efe eo ‘Muso o e nkileng ho li thusa ka litlhoko tsa tsona tsa mantlha? Potso ea ka ho Letona le Khabane ke hore na ho na le litlhahiso Mohlomphehi Letona tse etsoang ke Litho tsa Ntlo ena. ‘Me e se e ka ba lilemo kea kholoa tse fetang 10 tse ling tsa Litlhahiso kapa Lipotso li etsoa, feela ho sa bonahale ho na le khato e nkoang ke ‘Muso kapa ke Makala a amehang.

Tabeng ee ea likolo tsa mosebetsi oa matsoho Mohlomphehi, ha e le moo Potsong ee ea Setho se Khabane a re na ke mehato efe, ebe ha le tle ka meralo e ka tla arabelang litaba tsee, haholo ha ke etsa mohlala ha u talima bolulo ba lona matlong a ‘Muso. Bolulo ba Litho tse Khabane, bolulo ba Bohlanka, bolulo ba Litho tsa tšireletso kaofela hoa tsona. Ebe le tla ka moralo o reng le ke le fetole le tle khahong ea matlo a morao tjee a mekato, a tla ahoa ke bana ba Basotho ba tsoang likolong tse joalo. Kamora hore ba a ahe, ebe eona meaho e joalo ba lulang ho eona meropotso eo ba ntseng ba e ntša ho fa ‘Muso e etsa hore ho be le tokiso ea meaho e joalo e le hore Puso e tle e-be le mokhoa oa hore lebili le bilike na?

MR. VICE-PRESIDENT: Morena ua ka oa Linare, u itse ka lilemo-lemo esale le etsa li-Motion ka mona, ha le bone hore na li fella hokae ha le fumane lehlakore la ‘Muso ka tsona. Kea bona taba eno e se e u khathalitse matla, u se u e etsa kaofela hore a tle a e arabe hona ka mona e tle ebe Motion o felletseng. Ke utloa eka ke Motion taba ena Mohlomphehi letona le Khabane hore litaba tsena tsa Thuto kaha ebile li ama le mosebetsi oa hau, haholo-holo ha ho tluoa tabeng ena ea technical skills, potso e nyanyeletsang ea Mohlomphehi Morena ua ka oa Leribe ke eno.

Kamora hore u arabele Mohlomphehi Letona le Khabane, ke hlokomelisoa hore taba ena ea hore ke ile ka hana ho roala likhalase ha ke fuoa likhalase, e ntse e etsa hore ke se bone hantle mona. Ke ntse ke hlokomelisoa hore Morena ua ka oa Matsieng o na phahamisitse letsoho mona! So, e tla be ese e-ba eena ha u qeta ho araba.

HON. SENATOR N. M. MOTEANE: Kea leboha, Mohlomphehi.

 Taba ena e behoang ke Morena oa ka oa Leribe ehlile kannete e hloka hore e-be taba e buisanoang haholo –  ese ke Lekala la Thuto feela, empa le Makala ’ohle a sebelisang these technical skills le hore na li-product tsena tse e tsoang Technical Skills re etsa eng ka tsona

 Moo a seng a bonts’itse hore re ka sebelisa batho bana ba rutiloeng Technical Skills teng kannete ke ‘nete ebile ke lumela hore re ka atolosa haholo. 

E ‘ngoe ea litaba tseo ke tsebang hore le hona ka har’a Makala ka mona u tla fumana hore ho n’o ntse ho na le litsi tsa thuto tse thusang hore merero ea Lekala leo e tsoele-pele –  ke etse mohlala, Lekaleng la haeso la litsela re na le sekolo mane Teya-Teyaneng se rutang batho ho aha litsela, ‘me litaba tsena li batla hore re li kopaneleng hantle le hore mohlomong ho latela leano la thuto sona sekolo se kang seo le ‘na ke se tlohelle ke se fe Lekala la Thuto ele hore le tle le ‘ne le tsebe ho se sebelisa hantle.Le lisebelisoa tse teng moo kannete re tla li sheba.

 Ke khothatse feela ka hore institutions tsa Technical and Vocational Departments (TVDs) li se li le 42, ‘me li ntse li eketseha ho setseng feela ke hore na re bona hore standard ka har’a tsona se consistent joang.

Moralo ona o ntse o le teng oa hore re bone hore lia eketseha, ‘me re na le meralo hona joale re le Lekala la Education eo re kopang Sechaba, Ntlo ena le Morena oa ka hore ba ke ba re shebelle, re tla bo hlola bothata bona.

Kea leboha

HON. SENATOR S. B. SEEISO: Ntate Vice President, kea leboha.

 Kea kholoa taba ea ka e khuts’oanyane, hobane joale ‘na ke ne ke tl’o botsa holim’a taba eo ke neng nkare kapa ka sisinya ho Letona le Khabane le Matona a haeso a Khabane a teng ka mona, hore taba ena ea thuto e ama every versatile bophelo, kahoo ha re sa ruteha to the proficiency that is required in this modern era re tlil’o hulela morao hofeta ka mokhoa oo re seng re ntse re hulela morao kateng.

 Ntate o bua ka li- TVDs hore li kae ka palo, joale palo ho ‘na, yes, it is encouraging but what I would be more attentive to is the quality assurance ea hore na likolo tseno are they of such quality that they will produce bana orproduct that is wealthy, not only to the national market but also to reach an international market?  

Potso ea ka moo kapa ts’isinyo ea ka moo ehlileng e leng teng, hobane ke ne ke qhololitsoe ke seo ntate a neng a se araba, e ne e le hore na Matona a Khabane a teng lebitsong kapa ntate moeta-pele oa Ntlo lebitsong la Lekala ha a bone eka ho bohlokoa hore ruri any fear over our independence ho ke ho be le a very comprehensive deliberate discussion hore na thuto ea rona hantle na e hokae, kahacomprehensively ha e ame Lekala le Bahlanka ba Lekala feela?

It shouldn’t be because they will become very defensive when you try to ask some things, ebe ba ea its’ireletsa e kare ba loants’a! Ha re loants’e re mpa feela re re ha re luleng fats’e comprehensively, objectively and rationally re thusaneng hore na the next 60 years re tla be re na le thuto e joang e tla etsa hore bana ba Basotho le naha ena to stand shoulder to shoulder with other nations because thuto ea rona e le boemong bo nepahetseng.

Joale ke hore na ebe ntate le bo-ntate ba teng ka moo ba Matona a Khabane bao ke ba hlomphang ha re bone eka ho bohlokoa hore re ke re beng le nako eno ea boitlhopho, ho itlhahloba bocha hore na re feela re eme moo ho nepahetseng na? Ke eona potso ea ka eo, ntate Vice-President.

HON. SENATOR N. M. MOTEANE: Kea leboha, Mohlomphehi, litabeng tsena tseo Morena oa ka oa Matsieng a li behang.

Kannete symposium seno kapa dialogue e ea hlokahala. Ho kile hoa lekoa ka selemo sa 2022 hore litaba tsena li etsoe, ‘me hoa ba hoa lumellanoa hore ho be le policy review on Basic Education, but ke lumela hore tlas’a tataiso ea Lekala la haeso teng kannete ho ntse ho lokeleha hore re kopane hape joale re shebe policy review on other levels of education.

Ho na le polelo ea Sekhooa e neng e etsoe ke Tona-Kholo ea Canada moo a neng a re, ‘things have never been this fast but they will never be this slow again’. Ho bolela hore litaba tsena tsa this symposium ke litaba tse ling tseo re ka kopanang ra buisana ka tsona, ‘me li tlameha ho etsahala khafetsa, empa li e-na le results. 

Taba ena ke tla e nka ke e ise ho Letona la haeso la Education hore re e bone. There is a need, since technology is changing fast on us! Artificial Intelligence re ne re ntse re re e ke ke be ea etsahala hobane e tla tlameha pele e fete Natural Stupidity, but kannete ke ena e teng; mechine ena eo re e sebelisang le bana ba masea e tlameha hore joale re e laole hore e sebelitsoe hantle. That’s another level, and yes, we should be training not for a market of 2 million people but we must be training to play a role globally.

Kea leboha, Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT: Ke ne ke re, Mohlomphehi Letona le Khabane (ke u bone Morena oa ka) taba ena e buuoeng ke Morena oa Sehlooho oa Matsieng Africa Boroa koana ke utloile eka ba ne ba e bitsa Indaba. Kannete ke utloa e le kholo haholo ‘na ke ne ke kopa hore e se ke be ea fella mona; e ntse e batla e nyallana le litaba tsona tsane tse ileng tsa buua ke Honourable M. Kanetsi le Honourable S. H. Monatsi. 

Sekhahla sena se holimo sa unemployment ho ’na is an indicator ea hore education ea rona e se e re fa irrelevant products; ha li sa le relevant to the economy, joale economy ha e ba etse absorb hobane ha e ba hloke. E leng hore re etsa produce ho economy education ea rona, eona e etsa produce ho economy ea rona lintho tseo economy ea rona e sa li hlokeng that is why e ka ‘na eaba ke le leng la mabaka a etsang hore ebe unemployment e be e holimo hakana.

Ha ke batle le ho etsa criticize bo-Public Administration ka Roma ka mane, e ka ‘na eaba ke tse ling tsa lintho tseo economy ea rona e seng e sa li hloke ka sekhahla se holimo hakaalo, ka tsela eo li hlahisoang kateng. E leng hore le chelete e eang Manpower e ts’oanela e ke e fokotsoe litabeng tseo e leng hore economy ea rona ha e li hloke, e leng litaba tsane tsa li-facet tseo morena oa ka oa Matsieng a buileng ka tsona hore litaba tsena li etsa touch different facets tsa bophelo ba rona.

HON. SENATOR R. P. L PEETE:  Kea leboha, Mr. Vice-President, kea u hlompha, ke hlompha Matona, Tafole le Litho tse Khabane.

 Ke ema mona ke nyanyeletsa potsong ena ea Setho se Khabane e ntle ruri eo le ntate Letona ke utloang a ntse a e araba hantle ka makhethe a ts’abehang.  Ke mpa ke re ha re bua ka thuto ea hona joale eo re reng bana ba Basotho re ba betlela hore ba ee to the level ea machaba, ke re

likolo tsa Lesotho mona ha ngoana a qeta ho qeta High School o lokela hore a e’o etsa bridge pele a ea tertiary – haholo-holo linaheng tsena tsa boahelani, tsa South Africa and others.

Re tla hopola hore, Mohlomphehi, ho na le ntho ena e bitsoang hore ke A-Level, eo ba lokelang hore bana ba rona ha ba qeta ho etsa Form E/Grade 12 ba fete ho eona pele or else ngoana a ka il’o etsoa screen bo-Pretoria koana ke matichere a mang hore na motho enoa na o pasitse hantle kapa a ee through another test, empa re nka a se a ntse a qetile mona. 

Na, ntate –  kapa ntle leha u ka re ba u fang koantsanyane ba tla u fa! Kapa u tla re u tla e nka mofao?  Ha e u hlola ha e na bothata, ntate, u e nke mofao, hobane ke ntse ke bona hore morumuoa ha a na lonya.

Ke ne ke re feela ntate na A-Level ha e-s’o anele Lesotho lena kaofela –  e ka ‘na eaba haeba e teng mohlomong e Machabeng College, sekolong sane sa rona, kapa Leribe English Medium, haeba e teng, kapa Soofia International School Butha-Buthe, haeba e teng! So, ke mokhoa ona ke neng ke re na, Ntate, knowing that we need that level na re bona re ntse re ts’oere morethetho hantle kapa, che, Lekala la hau le se le ntse le etsa ho hong hore re be le this level eo ho thoeng ke A-Level e tlang ho lumella bana ba rona ho re ba ee straight to the tertiary levels?

 Kea leboha, ntate.

MR. VICE-PRESIDENT: Kea hlokomela hore litaba tsena tsa thuto li chesa haholo, Mohlomphehi Letona le Khabane, empa hee, kea kholoa ke hore re li phethele re tsebe ho fetela ho tse ling. U ka araba potso eo e nyanyeletsang ea Morena oa ka oa Mats’ekha.

HON. SENATOR N. M. MOTEANE: Kea leboha, Mohlomphehi.

 Morena oa Mat’sekha ehlile o ntumella hore ke e nke mofao, empa ke kopa ho mo siea le litaba tsena, ho re there is now an introduction to Grade12 qualification, which will now put us at par with at least our neighbour and hopefully other countries will join in this regard.  

Leha litaba tsa by-National li se li kile tsa tsebahala, empa ena e ne e ts’oeroe selemong se fetileng, 2025 le South Africa.  Letona la Thuto le ile la tekena hore we must now harmonise our systems so that our learners are not confronted with this problem.

 Kea leboha, Mohlomphehi.

HON. SENATOR S. M. MOHOLOBELA:  Kea leboha, Mr. Vice-President, leha ke mpa ke maketse hore na potso ena eo ho thoeng ke tl’o e botsa –  litaba tsa lipotso tse mona e ka ‘na eaba ke tsa ka, empa joale motho enoa eo ke tl’o mo botsetsa potso ha se le mabitso a ka ana a ngotsoeng mona, kahoo ha ke tsebe le hore na ke Setho sefeng sa mabitso ana!

 Na ebe ha ke tl’o etsa phoso, Mohlomphehi oa ka, ho tla bua ka litaba tsa motho eo? Kapa ho thoe ke “Mohobelo”! Ha ke tsebe na ntho ena e ngotsoeng mona ke eng, joale ebe ha ke tl’o etsa phoso moo?

 Empa hee, Mohlomphehi, ke ne ke kopa ho botsa potso ea 103.

QUESTION 103: MEASURES TO REDUCE GUN VIOLENCE IN LESOTHO

(a) According to the Police statistics what are the main factors leading to gun violence in Lesotho?

(b) What robust regulator systems does the police intend to take and or are already taking place to curb skyrocketing gun violence in Lesotho?

(c) What policy is followed for disposal of guns that have been compounded by the Police which perpetrators have been put before the courts of Law and convictions have been secured?

(d) To what extend does illicit trafficking of guns pose threat to neighbouring countries?

(e) What action and policy development is in place to assist victims of gun violence survivors, especially women and children?

(f) What steps does the Ministry take to help policy officers to deal with daily or deals of handling cases of gun violence and other crimes of humanity (reference to counseling, teambuilding exercises, and general welfare of policy and their families)?

(g) Do the policy have long term and sustainable programs for Parliament to assist them in ammunition control, weapons collection and promotion of peace and legislation?

MR. VICE-PRESIDENT: Ke ntse ke leka ho sheba hore na phoso e etsahetse kae lebitsong mono, empa e tla lokisoa Morena oa ka, haeba ho na le phoso lebitsong. 

HON. MIN. M. RAMOELETSI (On behalf of Minister of Police): Kea leboha, Mohlomphehi Moeta-pele oa Ntlo ea Mahosana.

 Ke kopa hore le pele nka bua litaba tsa ka tse ngata tse arabelang Potso ena ea Mohlomphehi ea Khabane ke mpe ke re ke elelloa botle ba sebaka sena seo re leng ka har’a sona, empa joale ke bona hore ho na le tabanyana e shotang kapa e sieo e hlokang hore e-be teng, hobane maoba ha ke ne ke le mane Geneva ke araba litaba tsa batho ba phelang le bokooa  ke ile ka bonts’a hore Paramente ea rona e na le batho ba etsang sign language ka hare ho sebaka, ‘me ke re ke ne ke kopela Ntlo ena e Khabane hore e tle mpe e lumelloe.

HON. SENATOR TAU (Point of Order): Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Molula-Setulo oa Ntlo kapa motlatsi oa Mookameli oa Ntlo. 

Ke ne ke re ke mametse Mohlomphehi Letona ha a ntse a bua, joale ke ne ke nahana hore o tla lokisa phoso, empa ke utloile hantle ha tloha feela hore o ile a re, ‘kea leboha Mohlomphehi Moeta-pele oa Ntlo ea Mahosana’ joale ha ke tsebe na o ne a etsa address uena Motlatsi oa Mookameli kapa o ne a etsa address mang!

Ke ne ke re a lokise taba eo molemong oa khatiso, kea leboha, Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT:  Ke bona eka le ‘na litsebe tsa ka li ile tsa eba; ha kea e utloa, empa e lokise, hee, Mohlomphehi Letona le Khabane.

HON. MIN. M. RAMOELETSI: Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo.

Ka bomali-mabe joale re ee be re na le lintho tseo re li ngolletsoeng. Ke ne ke re ke mpe ke qetele, Mohlomphehi oa ka ka ‘nete ke kopela Ntlo ena e Khabane hore e ke e re fe motho oa sign language a tla tseba hore a fetisetse litaba tsena ho batho ba hlokang hore ba fumane interpreter ea mofuta ono, kea leboha, Mohlomphehi.

Ke tsoele-pele ka ho araba Lipotso tsa Mohlomphehi ea Khabane:

 Liphuputso tsa Sepolesa li fumane hore mabaka a ka sehloohong a susumetsang litlolo tsa Molao tsa t’sebeliso e mpe ea lithunya kahar’a naha li ka kenyeletsa a latelang:

  1. Sekhahla se phahameng sa lithunya tse seng Molaong tseo boholo ba tsona li kenang ka khoroana tsa matsa, likhohlano tse bakoang ke bosholu ba liphoofolo, likhohlano tsa maquloana tse qetellang li baka boiphethetso bo sa eeng moriting, ho hloka mamellano le bofuma.
  2. Ka t’sebelisano ‘moho le mafapha a mang Sepolesa se sebelisa maoala a latelang ho fokotsa sekhahla sa litlolo tsa molao tse etsoang ka t’sebeliso ea lithunya:
  3. Sepolesa se matlafalitse taolo ea phano ea mangolo a lithunya,
  4. tlhatlhobo ea nako le nako (regular inspections) ea likhoebo tse rekisang lithunya Naha ka bophara.
  5. Mats’olo a kopanetsoeng a sepolesa sa Lesotho le sa Africa Boroa,
  6. tlhatlhobo ea Molao o laolang libetsa le mahlahahlela e le ho matlafatsa taolo ea ts’ebeliso ea tsona.
  • Sepolesa se latela Melao le Melaoana ea ts’ebeliso ea lithunya tse seng Molaong, moo teng ha ho na le linyeoe tse amang lithunya –  linyeoe tse joalo lekhotla le tla fana ka taelo ea hore sethunya kapa lithunya tse joalo li senngoe, ‘me ho lateloa Melao le Melaoana e joalo ke lefapha la rona la li-ballistics.
  • Phethisetsano ea lithunya tse seng molaong malibohong e eketsa ho nyolla sekhahla sa bosholu ba liphoofolo, e eketsa litlolo tsa Molao malibohong lipakeng tsa linaha, ‘me e thunthetsa likamano tsa Linaha tseo tse peli, e ama moruo ha mpe haholo, e thatafatsa ts’ireletso ea meeli lipakeng tsa Linaha.
  • Sepolesa se fana ka tlhabollo ho mahlatsipa a tlolo ea molao, se boetse se na le likamano tsa ts’ebelisano ‘moho le mafapha a mang ho fana ka ts’ehetso e ka hlokahalang.
  • Sepolesa se fana ka ts’ehetso ea tlhabollo ea maikutlo le bophelo bo botle ba kellello ho litho tsa sepolesa le malapa a bona.
  • Sepolesa se na le mananeo a nako e telele le a tsitsitseng ao Paramente e ka a ts’ehetsang.
  • Tlhokomeliso ho sechaba ka ts’ebeliso e mpe ea lithunya
  • Mats’olo a pokello a libetsa tse seng molaong sechabeng
  • Ho matlafatsa phano kapa thekiso ea lithunya le mahlahlela ho kenyeletsa liphetolelo tsa Molao tse kang tsa taolo e tsitsitseng ea lithunya (legislative reforms for sustainable firearm control).

Kea leboha, Mohlomphehi.  

MR VICE PRESIDENT: U na le potso e nyanyeletsang, Morena oa ka?

U ka tsoela pele

HON. SENATOR S.M. MOHOLOBELA: Ache, Ntate!  Ke utloa eka o li arabile; ha ke na le potso e nyanyeletsang ka ‘nete.

HON. SENATOR P.L. PEETE: Ntate Vice-President, potso ea ka e nyanyeletsang ke hore re na le batho ba belahelloang mona Lesotho ka hore ba entse litlolo tse mpe tsa Molao ka ts’ebeliso ea lithunya tseo re sa tsebeng hantle ho re na li molaong, ebe joale ba balehela South Africa. Pelaelo ke hore ha li molaong.

Ntho eo ke neng ke rata ho e botsa Ntate Minister ke hore ke utloile moo a buang ka hore ho na le mats’olo a kopanentsoeng a Sepolesa sa Lesotho le sa South Africa, joale ke re na mo moo re nang le batho bao

 Sepolesa sa Lesotho se ba tsebang kapa se leng patlong ea bona, ba balehetseng South Africa, na ho na le moo ba kopanang teng ho thusana ho neheletsana ka batho bao hore ba il’o seka-seka ka koana ka South Africa ba khutle ba tl’o seka ka moo?

Ke hobane ho na le batho bao re ba tsebang mona ba ntseng ba belaelloa hore ba bolaile batho Lesotho mona eaba ba balehela South Africa. Some of them ba fihla ba ts’oaroa ka litlolo tse ling tsa molao hona ka South Africa ka moo. Ho na le batho ba ileng ba belaelloa ka lipolao tsa batho haeso mane Mats’ekheng, Bela-Bela, eaba ba balehela South Africa; ra utloa litabeng mono ha li baloa ka radio ea ka naheng ea bohaelani hore batho bano ba ts’oeroe.

Ke ne ke batla hore ke tle ke utloe ho re na Minister o tla re na batho bale ha ba qeta ho tsamaea leeto leo la bona la nyeoe eo ea bona ea ho bolaea Mookameli oa Sepolesa ka South Africa ho tla boela ho nelehetsanoa ka bona hape ba tl’o arabela ee ea bona ea ka Lesotho na?

MR VICE PRESIDENT: Letona le Khabane, ke bone hore sepolesa se teng mono, kahoo kea kholoa se se se ntse se u nyanyeletsa, Ntate.

HON. MINISTER M. RAMOELETSI: Kea leboha, Mohlomphehi oa ka.

 Ho joalo, Mohlomphehi, re na le Extradition Treaty e phelang lipakeng tsa Linaha tsena tse peli, ‘me ha motho a se a qositsoe a le ka khotla, kapa nyeoe ea hae e le teng ka Khotla re tseba hore re sebelise oona molao ona hore re tsebe ho mo lata a tsebe ho tla tla a arabela litaba tsa hae ka hare ho makhotla, empa moo e bang mohlomong makhotla ha a s’o kene,  nyeoe ea hae ha e s’o kene ka khotla re tla emela, kea kholoa, ho fihlela mohlomong litaba tseo li ka tsa e-ba teng ka khotla hore re tle re tsebe ho sebelisa molao ho mo lata.

Kea leboha, Mohlomphehi.

MR VICE PRESIDENT: Morena oa ka oa Matsieng.

HON. SENATOR S.B. SEEISO: Ntate Motlatsi oa Mookameli, leha mong’a Potso ke utloile a re eena o khotsofetse, ka ‘nete ‘na ha kea khotsofala hohang. Ha ke batle hore Letona la Justice ka mokhoa oo a balileng kateng ke eena a shallow, empa ke utloa moo a ngoletsoeng teng ke utloa e le very shallow, kaha karabo ha e arabe botebo ba taba ena eo Ntate Morena oa ka ka maikutlo a matle a botsitseng hore lithunya ha hona letsatsi, ha hona hora e fetang lithunya ho sa thoe sethunya se ‘llile, haholo lithunya tseo e seng tsa molao.

Ha ke tsebe ho re na Ntate Letona lebitsong la Letona leo ehlileng le ikarabellang Litho tse Khabane pele u ka khanna koloi u ba le license ea ho Khanna! Ka mantsoe a mang u na le methati eo u e tsamaeang pele u ka ua khanna koloi.

Na ebe ha ho bonahale har’a tse ling kapa har’a meralo e meng e ka behoang ho leka ho tlisa taolo le t’sebeliso e ntle ea lithunya tse molaong ho be le seo sepolesa sa h’eso se ka se bitsang a comprehensive weapons’ training pele motho a fuoa license ea sethunya?

Ba ithunya le ho ithunya batho bana ba ntse ba filoe sethunya sa molao, hobane ha ba tsebe sethunya se etsoa cork joang, se etsoa joang; o se fuoa feela, kea mo ngolla, Morena oa Mats’ekha oa mo ngolla ho re, ‘ke morui, o qhoba linku tse makholo a makana’, oa e fetisa o e fetisetsa Flight one, ebe Flight one e fetisetsa Charge Office mona o nka menoana o sa fumane sethunya. Ha a re ose shebisa koana athe o shebisitse ka ho eena, hobane joale ha a tsebe weapons handling.

 Na ebe ha re bone eka har’a tse ling e kanna ea e-ba taba eo re ka qalang ka eona?

Joale empa ka ‘nete, Honorable Minister, like I said let me not be misunderstood   I am not saying the Minister is shallow, I am saying the answer given to the Minister to read, ho latela the gravity ea taba ena e entseng grip –  e ts’oere Lesotho ka ‘metso!

Maoba mona ho sa tsoa thoe Tona-Kholo ke eane o nts’a bua le bo zama-zama mane ke ntate e mong e suit ea hae e neng e mo feta maotong mona. Joale ke re ena ea lithunya, ntate, ke kopa honestly and respectfully, Honorable Minister can you please go back –  ena ka ‘nete re ke re e bueng hantle?

Maoba mona ho bile le lithunya tse nyamelang Mafeteng mane Maponeseng, empa ha re s’o utloe letho. hape maoba mona ho na le Lepolesa le Lekosetabole ba thuntsoeng haeso mono Mahloenyeng ka sethuya se fumanoang ha se se batloa ho re this is not a registered gun empa se ts’oeroe ke mohlanka oa Sepolesa le oaLekosetabole.

Re utloa ho thoe ho se ho se ho e-na –  le_ kahar’a mabotho ana ao ke a ratang a ts’ireletso ho tloha ka Sesole, Sepolesa le Sekosetabole, basebelisoa ba hiroang hobane ba apere uniform, ho ea etsa li-hit; e ba bona ba thunyang, ba batloang ka bo hitman. Ba se ba fetohile li hitman! Mothoo tla be a nts’a apere uniform, joale uena ha u bula lemati u re mphe karete ea hao u tla u fa a legitimate card and number athe it is part of a syndicate ea hore joale ho sebelisoe bahlanka bana hobane ba apere uniform.

Ke mokhoa ona ke reng, Ntate, na ha ho bohlokoa hore Potso ena ruri re ke re e nahaneng?

 Ke leboha ha officer ea haeso e le teng kamor’a hao mono, kaha o tseba hantle ho re na ha a ne a ntse a le Flight One mane re ne re bua litaba tsena hakae, ka botebo bo bokae, hobane re utloisisa hore sethunya is causing so much instability in this country. You cannot have illicit guns and have investment in this country! The usage of these guns are causing batho ba bangata ho baleha Lesotho mona to invest in Lesotho.

Ke mokhoa ona ke reng, Ntate, I reiterate, ka uena Ntate, ho re ebe e ngotsoe – ha ke re Ntate o shallow, ke re Karabo ena eo Morena oa ka a reng eena o khotsofetse ’na ke utloa for the purposes of this House –  haholo Bo-ntate le Bo-’m’e ka mona ke Baeta-Pele.

ba hloka ho re ha ba khutlela hae koana ba be ba fana ka   likarabo tse hlakileng hore na hana taba ena ea kholumo-lumo ena e lithunya re tl’o etsa joang ka eona!

Na ha a bone eka re ka etsa revisit Potso ee ka mokhoa o tla kholisa le Mosotho oa tsipa-sehole ekannang eaba oa hlotsa ke kulo ea motho a neng a tl’o kokota a apere uniform kapa motho feela a na tl’o nka liphoofolo tsa hae na?

MR VICE PRESIDENT: Mohlomphehi Letona le Khabane, ke tl’o u fa monyetla hore u arabe potso ena ea Morena oa ka oa Sehloho oa Matsieng, feela ke utloa eka boipiletso boo a bo etsang ke hore Letona le Khabane la Sepolesa le ke le chakele ka mona, mohlomong e seng ha ‘ngoe, feela regularly a tle a tl’o tla a etsa update Ntlo ena e Khabane hore na o hatetse pele hakae ho laola litaba tsena tsa litlolo tsa molao le lithunya tse sebelisoang hampe.

Ke ne ke mametse seea-le-moea maobane, joale ke utloa hothoe mane Thabana-Morena –  kapa hothoe ke Malumeng? Hothoe ho thuntsoe motho ka likulo tse 26! Ke maobane! Joale surprisingly ebile hothoe o ile a letsetsoa pele a tsebisoa hore o tl’o bolaoa. A letsetsoa a tsebisoa hore, ‘ka letsatsi le itseng re tl’o u bolaea, joale ea fela ea etsahala –  haeba ke ‘nete ho joalo.

 Li ne li tlalehoa ke morena litaba tseno, ‘me ke utloile e le litaba tse ‘makatsang ka mokhoa o mong. Taba ena e bonts’a hore litaba tsena li tsoile taolong tsena tsa lithunya, kahoo ka ‘nete li t’soanela li sebetsoe e le hore leha u tla u tl’o araba, Mohlomphehi…

 Ke utloa eka boipiletso ke hore Mohlomphehi Letona le Khabane a ne a tle ka mona a ke a tl’o tla a re bolella hore na o nts’a ea joang, o nts’a sebetsa joang leetong lena la ho loants’a litlolo tsa molao ka hare ho Naha. Joalo ka ha ho boletsoe, ache! They are causing a lot of damage le tlhokahalo ea botsitso ka tsela e khethehileng.

U ka araba, Mohlomphehi Letona le Khabane.

HON. MINISTER M. RAMOELETSI: Kea leboha, Mohlomphehi. Ka ‘nete Potso ena ea Morena oa ka oa Matsieng e bohlokoa haholo, ‘me e hloka hore re tebe haholo ha re e araba.

 Ke tla kopa hore ke tle ke e otle ka holimo hore ho na le policy e seng e ntse e lokisoa eo kaha’ra likateng tsa eona ho tla kenella taba ea establishment of shooting range schools, certification of firearm holders esita le competence test e tla etsoa ho bao ba seng ba ntse ba na le tsona, e le hore ba tle ba tsebe ho kenyeletsoa thupelong ena ea ho sebelisa lithunya.

 Ehlile oa bolela, Morena oa ka, ha u re motho ha a reka koloi o rutoa ho khanna koloi. Empa joale e ntse ele kotsi koloi joaloka sethunya, ‘me sethunya joale sona se bile sea bolaea, empa joale hangata ha u batla sethunya requirement ke hore na “u il’o etsang ka sona.” “Ke na le khoebo, ke ilo sireletsa khoebo ea ka”. Ha u tsebe le ho se sebelisa, ‘me u fuoa licence.

Taba ena, Bahlomphehi, ba ka sepolesa se se se ntse se e nketse holimo ka hore se etse policy ena e tla tla e re thusa hore batho ba tsebe hore ba fuoe koetliso e nepahetseng le hore likolong tse mona moo ho nang le li shooting range ebe li etsoa certify hore batho ba ka etsa refer teng hore a e-e sebakeng se itseng a k’a ilo’ ithuta ho thunya.

Kea leboha, Bahlomphehi ba ka.   

HON. SENATOR S.M. MAAMA: Kea leboha, Ntate Motlatsi oa Motsamaisi oa Ntlo ena e Khabane.

 Ke ne ke botsa potso ea hore Makhotla a ahlola letsatsi le chabang le le likelang, a ahlola litlolo tsa molao tsa litloli tsena tsa molao tse fumanoeng ka lithunya, joale Potso ea ka ke ho re na Sepolesa ka lilemo-lemo ha Makhotla a se a qetile mosebetsi ono oa ho ahlola, na se ke se phatlallatse lenane la lithunya tse il’o senngoa kapa tse chesoang na?  Ke ho re leha e-ba ha ba ke be ba li etse, esale ba qetela ka selemo sefe?  Le hore haeba, che, ke melao ea bona – na melao ea bona ke pinyane ha ba il’o senya lithunya tseo ba le bang kapa ba li chesa na?

Ho na le maikutlo a hore tsona lithunya tseno ha li qeta ho ahloloa ka mane li khutlela ho batho bana ba ntseng ba li sebelisa hampe.  Sepolesa ha esale se qetela ho phatlalletsa sechaba hore: “ka date e itseng, sechaba sa Lesotho, le tsebe hore re tla be re chesa le ho senya lithunya!”  Na Sepolesa se ee se e etse taba eo?

HON. SENATOR R. RAMOELETSI:  Kea leboha, Mohlomphehi.

  Lithunya tse ileng tsa feta ka hare ho Makhotla, ele tsona tse ileng tsa fumanoa li hlile li nts’itse batho likotsi kapa li nkile bophelo ba batho, ke ka selemo le selemo moo ehlile li senngoang.  Ho eba le public information e tsoang ho tsebisa sechaba hore ho na le lithunya tse tla senngoa.  Taba ena e etsahala selemo le selemo.

Re bonts’e hore ha e etsahale joaloka makhetlo a pele moo joale e neng ehlile e ba moqeqeko o behoang mono, oo joale sechaba se tlang ho sheba. Feela empa ka Lefapha la rona la Ballistic ba ntse ba tsoela pele ho senya lithunya tse joalo, ha Lekhotla le qetile ka tsona.

HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Kea leboha, Ntate. 

Potso ea ka ke e khuts’oanyane, ‘me ke hore na re na le lipalo-palo tse bonts’ang hore na tlolong ena ea molao ea sethunya – ke lithunya tse kae tse molaong tse hlahellang tlolong e joalo, mohlomong le tse kae tse seng molaong, tse hlahellang?  Ele hore taba ena e tsebe ho etsa inform eona Policy eo ho ntseng ho buua ka eona – ena ea hore mohlomong ho tla uoa ho e’o etsoa joang. 

Na ehlile taba-taba ke ho re ke lithunya tse licensed tse bonahalang e le tsona, kapa ke tse se nang license tse bonahalang li etsa tlolo ena ea Molao na?

HON. SENATOR R. RAMOELETSI:  Kea leboha, Mohlomphehi. 

Lipalo-palo tse joalo li teng, empa joale letsatsing lena ha re na mokhoa oa ho li bolela, empa li teng. 

Kea leboha, Mohlomphehi.

HON. SENATOR Q. SEKONYELA:  Kea leboha, Ntate. 

Moraong ona re phela nakong ea marang-rang moo hangata e reng ha u bula fono hoseng ha u tsoha, kapa mantsiboea, u bone banna bana ba habo rona ba litotomeng mane ba hlahile ho marang-rang, ba bolelisaka ka mokhoa oo ba lefileng Masole le Mapolesa kateng, ba sebetsang ka bona.

Na Letona le Khabane le elelletsoe taba eo, ‘me haeba ho joalo, ebe ke bohato bofe boo le bo nkang ka eona na?

HON. SENATOR R. RAMOELETSI:  Bahlomphehi ba ka, ka batho ba mofuta ona ho ee ho be le liphuputso tse etsahalang, ‘me ebe lipakeng tsa linaha tsena tse peli re etsa liphuputso, hobane ehlile ekare e ama linaha tsena ka bobeli ba tsona ho bana ba Ts’ireletso.  Haeba ho ka fumaneha ba bang ba bona ho na le bopaki bo hlakileng hore ba entse tlolo e joalo ea molao, ehlile ba behelloa ka thoko ho mosebetsi. 

Hona Sepoleseng sa Lesotho ho se ho ntse ho na le ba bang ba ileng ba behelloa ka thoko ho mosebetsi, Mohlomphehi.  Leha nke ke ka bolela hore na ba bakae ka palo, kapa ka ba bolela ka mabitso, empa ba teng ba ileng ba behelloa ka thoko ho mosebetsi, ba ileng ba fumanoa ba nkha lefotha tabeng ena.

HON. SENATOR S.H. MONATSI:  Kea leboha, Mohlomphehi. 

Potso ea ka e nyanyeletsang e ne e le hore feela na Letona la Sepolesa na ebe nakong ena eo ho neng ho ntse ho koetsoe, matsatsing ana a phomolo – sechaba sa Mokhotlong se ile sa mpitsa mane teropong, se nts’upisa moaho oa Sepolesa oo esale o ahoa khale, joale se bonts’a hore lichelete tsa sechaba esale li sebelisoa ho aha moaho ono… 

Ebe na Letona la Sepolesa le r’eng ka moaho ono haeka ha o fele joale Letona le tsebe ho o fa Mapolesa, a tsebe ho o sebelisa?  Ke bua ka mane haeso teropong ea Mokhotlong, moo ho nang le moaho o joalo. 

Na Letona lea tseba ka moaho o joalo, kapa na Letona le ke le potolohe le ho hlahloba libaka tse joalo na?

MR. VICE-PRESIDENT:  Letona le Khabane, Potso ke eo ea Setho se Khabane Ntate Monatsi.  Ha ke tsebe hore na u ka ba le Karabo ea eona!

HON. SENATOR R. RAMOELETSI:  Kea leboha, Mohlomphehi. 

Ke bona eka ke ea setlhare sa hole se chekoang mohla lets’olo, empa ke bona eka Karabo e tla ba teng ea hore – litaba tseno tse etsang hore mohlomong moaho ono ebe ha o s’o fele, ke litaba tse amanang le Procument.  E ka ‘na eaba ho na le litaba mono, joale taba eno e ts’oere Liofisiri matsoho hore li tsoele pele ka ho qetela mosebetsi ono.

MR. VICE-PRESIDENT:  Rea leboha, Letona le Khabane. 

Setho se Khabane, Ntate Monatsi, ke ne ke sa batle ho u thiba, ke re u e’o ngola Potso, ke ne ke batla hore Letona le Khabane le itlhalose.  ‘Na ke utloa eka – ha ke re re ntse re sebetsa ka collective responsibility? Joale na ua bona hore ha se Letona le ikarabellang mono? 

‘Na ke utloa eka ho bohlokoa hore u etse Potso e amanang le litaba tseno, u se ke ua etsa setlhare sa hole se chekoa mohla lets’olo, haholo ha ebile e se Letona le ikarabellang litabeng tse joalo.  Leha e ne e le Letona le ikarabellang, kea kholoa le ne le tla hloka hore le khutlele morao ho ea fumana boemo ba litaba tseno.

HON. SENATOR L. TAU:  Ntlha ea Tsamaiso, Mohlomphehi. 

Kea leboha, Mohlomphehi. 

Ha ke tsebe, Mohlomphehi, haeba u tla ntumella, empa ke ne ke ntse ke phahama, ke khutla, joale kea bona e ile eaba ha u nkele hloko.  Ha ke tsebe hore na hana ke procedure efe e lumellang hore ebe re ka nyanyeletsa Karabong e fanoang ke Letona, le hoja ke ne ke utloa eka u se u e fetile Potso eno!

Ke hobane ho ne ho ntse ho hlaha-hlaha hore litaba tsena tsa ho nts’a lithunya kapa ho bonahala eba li ee li fihle mafapheng a mang kapa lihlopheng tse ling tsa litloli tsa molao –  ho ne ho ntse ho hlaha taba ea Sesole, joale ke utloa eka nka nyanyeletsa Karabong ea Letona.

Joale ha ke tsebe na ke tla re ke kena joang mono. Ntataise.

MR. VICE-PRESIDENT:  Re ntse re le ntlheng eno, kahoo u ka nyanyeletsa Letona le Khabane.

HON. SENATOR L. TAU:  Kea leboha, Ntate. 

Ka’nete taba ena ea lithunya tse seng molaong e ts’oenya haholo.  E ts’oenya haholo moo ebang joale Litsi tsa Ts’ireletso li fihla li bonahala e le tsona tse amehang ka Bohlanka ba tsona.

Ke mpa ke thokoloa ke taba ea ha Litho tse Khabane from time to time li bile li ntse li etsa reference ho Setsi sa Sesole sa Lesotho.  Joale ke re ka lehlohonolo kaha ke teng ka mona, mohlomong ke mpe ke behe Ntlo ena leseling hore na ebe ka Sesoleng sa Lesotho teng litaba tsena tsa mofuta o tjena –  kapa Bahlanka ba bonahalang ba ameha liketsong tse tjena na ho ntse ho sebetsoa joang ka bona.

Ke ‘nete hore ho bile le litho tse ling tsa Sesole sa Lesotho tse ka bang tharo tse bonahetseng li ameha litabeng tsena tsa ho nts’a lithunya tsa ‘Muso, tsa Sesole, joale ba li isa mafapheng ana kapa lihlopheng tsena tsa litloli tsa molao.

Ba bang ba babelaelloa ba ile ba etsoa hand over ho Sepolesa sa Lesotho. Kea kholoa e ka ‘na eaba ke nako ea likhoeli tse peli kapa tse tharo tse fetileng, ‘me e mong kapa ba bang ba ba ba hlaha ka khotla, ba fuoa bail, eaba ba sebetsoa ka mokhoa oo Sesole se eeng se sebetse kateng ha litaba tse ling li etsahetse.

Ke mpa ke re feela ke behe Ntlo leseling hore ehlile e teng taba e joalo, empa ka Sesoleng e finetsoe lihempe ho bona hore e-ea hlaoloa ka matla a maholo, Mohlomphehi.

Kea leboha, Ntate. 

MR. VICE-PRESIDENT:  Rea leboha, Letona le Khabane, ka’nete ka litaba tseno, feela ‘na ke utloa e le bohlaba-phieo ba boemo bo holimo ka mokhoa o makatsang!  Litaba tsa mofuta ono o joalo motho ha ua lebella hore li ka etsoa ke Litho tsa Litsi tsa Ts’ireletso.  Ke ho re li ka etsoa ke motho oa ordinary feela oa motseng koana.  Motho oa Ts’ireletso ha kea lebella hore a nke libetsa tsa naha ebe o e’o fana ka tsona, lia tsoa ka hare ho Ts’ireletso, o e’o fana ka tsona ka ntle.  Ke bohlaba-phieo ba boemo bo holimo ka mokhoa o makatsang, boo ke utloang eka taba ena ea litokelo e se e le ngata haholo, ea hore ho ‘ne ho thoe motho ea entseng litaba tsa mofuta o joalo, joale o sa ntsane a isoa makhotleng, a e’o hlaha ka pel’a ‘ona, ebe ho tla nkoa lilemo ho ntse ho sebetsanoa le litaba tseno tsa hae tsa bohlaba-phieo bo bobe hakaalo.

Taba eno e etsa hore litaba tsena li ‘ne li none hobane b’a bona hore ha ba entse bohlaba-phieo bo bobe hakaalo, litaba tsa bona li nka 20-25 years ele hona li ntseng li sebetsoa ka Makhotleng li be li iphelle feela.

HON. SENATOR M. KANETSI:  Kea leboha, Ntate. 

Kea kholoa ke ile ka lebala ho etsa recognize boteng ba Matona a rona a teng ha ke ne ke lumelisa lekhetlo la pele, ‘me ke kopa ho etsa joalo.

Ke etsa Potso e khuts’oanyane feela ele e nyanyeletsang, ebile eka ‘na eaba ke ea lets’olo, e botsang Letona la Toka hore na hantle Sets’oants’o sena sa Bail na se hakae, Ntate?  Ka’nete se bonahala se lieha haholo joale.

MR. VICE-PRESIDENT:  Letona le Khabane, na ebe ha se ea mohla lets’olo le eona ee!  Empa he, ere ke se ke ka u arabella, u ikarabelle!

HON. SENATOR R. RAMOELETSI:  Kea leboha, Bahlomphehi, ka Potso ena ea Bail Bill. 

Bail Bill e ile ea kena ka har’a Ntlo National Assembly, ‘me hoa fumaneha hore e hloka ho hlahlojoa, hobane e ne e na le liphoso.  Re ile ra kopa hore re ke re eme hanyenyane ka eona, re e lokise.  E khutletse ka Ntlong eo, e se ele hore feela ha re qeta litaba tsa Budget e tle e kene.

Ke ne ke ile ka ts’episoa hore ka January pele re kena litabeng tsa Budget e tla kena, empa he, e ile eaba taba eno ea hore feela Budget e ile ea be e se e nka mojao oa pele.  

Bill eona e ready hore e ka ts’ohloa ka Ntlong ea Bakhethoa, e be e fetele ka mona, Bahlomphehi.

HON. SENATOR S. MOTSAMAI:  Ntlha ea Tsamaiso, Ntate. 

Ke ne ke re ke phetla Melaoana ea rona ea Tsamaiso joale ke bona e le hole le ‘na. 

Ntlha eo ke e mang ka eona ke ho re ka har’a Standing Order, e ka ‘na eaba ke 36 haese 37, feela ho na le moo e buang hore ha e le lipotsong re etse lipotso tse bonahalang li le haufinyane le Potso e botsitsoeng.

Joale ka’nete, Ntate, na ebe re ntse re le Tsamaisong ha re tla etsa se chekoa mohla lets’olo, tse ling u fumane ka’nete ha li ea atamela Potso eo Letona le tl’o e araba, tse ling u bone e le independent questions tse ka ‘nang tsa ba le botebo ba follow-up questions?

 Na, Ntate, re ntse re le Tsamaisong?

MR. VICE-PRESIDENT:  Kea leboha, Setho se Khabane. 

Boeletsi ke ho re le n’o ngole lipotso, le se ke la emela hore mohlang ho botsoang lipotso ka mona joale ebe ke hona le chekang setlhare sa hole.  Le ngole lipotso, le botse Bahlomphehi Matona a Khabane lipotso.  Le li ngole li be teng.

Letona le Khabane, re se re ile ra bua ka hore ka’nete ho latela botebo ba litaba tsena tse etsahalang ka mona ka Litsing tsa Ts’ireletso, haholo-holo ka mona ka Sepoleseng, re bona eka Litho tse Khabane boeletsi e ka ba hore Letona le Khabane la Sepolesa le ke le tle ka mona, mohlomong le ikapesitse ka Bohlanka ba lona, le ke le re fe Tlaleho ka Ntlong, ele hore litaba tsena li tle li tsebe ho qoqoa ka botebo.  Hoa utloahala ke litaba tse phuthetseng kotsi e kholo haholo.

Joale ‘na ke utloa li se li nts’osa haeba joale ho ne ho na le batho ba ntseng ba hiroa, ba ts’epetsoe ho nka boikarabello bo bokaalo-kaalo ba ho sireletsa naha, joale bona ba ntse ba nts’a libetsa, ba li fa batho bao e leng ho re ba hlasela naha. 

Ke nka ha libetsa li tsoa ka har’a naha ka mona li isoa kantle –  ka’nete ke bona ele ntho e mpe ka mokhoa o makatsang, e hlokang hore Letona le Khabane le ikarabellang le ke le tle le tl’o etsa address Ntlo ena e Khabane, Letona le re bolelle hore na ho ntse ho etsoa joang ka litaba tseno!

Ha re fetele Potsong ea Setho se Khabane Morena P.L. Peete.

HON. SENATOR R.P.L. PEETE:  Kea leboha, Mohlomphehi. 

Ke ne ke se ke ile ka u hlompha, ka hlompha le Matona le Litho tse Khabane esitana le Tafole.

Ntate, ke utloisisa hantle seo u se bolelang ha u re re tlameha ho botsa lipotso tse precise kapa tse holim’a Potso e ngotsoeng.  Ke rata hore ke etse joalo, leha feela ka nako e ‘ngoe u tla fumana hore Matona ha a re arabe ka mokhoa o khotsofatsang hore re utloisise.

MR. VICE-PRESIDENT:  Setho se Khabane, hantle u botsa Potso e nyanyeletsang kapa u botsa ee ea hau ea Nomoro ea 104? Ke ne ke nahana hore u kena ho eona!

HON. SENATOR R.P.L. PEETE:  Ke ne ke re ke otlolla tabanyana e ‘ngoe, empa he, che, haeba u re ke e tlohelle, Ntate, kea e tlohella.

QUESTION 104:       DYNAMICS OF ENERGY PRODUCTION IN LESOTHO

HON. SENATOR R.P.L. PEETE asked the Minister of Energy the following, regarding energy sustainability in Lesotho:

  • Does the Minister possess a comprehensive long term plan that outlines a strategy or vision for achieving sustainable electricity energy production for Lesotho? If so, can the Minister share it with the House? If not, how soon shall it be developed?
  • Are there any investors’ interested in hydro-electricity, bio energy or any other form of renewable energy for sustainable production of energy for Lesotho?

HON. M. MOLEKO (MINISTER OF NATURAL RESOURCES ON BEHALF OF MINISTER OF ENERGY):  Kea leboha, Mohlomphehi. 

Potso ena ea Morena Peete, e leng ea 104 e na le mekhahlelo e ‘meli:  Oa pele, e botsa hore na Lekala le na le moralo oa nako e telele o tla bona hore Lesotho le ba le motlakase o lekaneng naha ka bophara.  Ke Section A

Section B, e re na ho na le batseteli ba teng, ba nang le thahasello ea hore ba fehle motlakase    ka mekhoa e hloekileng.

Lipotsong tseno tse peli, Karabo ke, ‘ee’ ho joalo, Mohlomphehi.

Mokhahlelong oa pele, Lekala la heso le entse moralo oa nako e telele oa tlhahiso ea motlakase o bitsoang List-cost Power Development Plan, selemong sena se fetileng.

Lekala le boetse ka tlatsetso ea mokhatlo oa linaha tse kopaneng tsa Europe[EU] la hira lefapha la liphuputso la sekolo se phahameng sa Lesotho, e leng Energy Resource Centre e le ho ntlafatsa le ho matlafatsa moralo ona ka ho etsa ho bitsoang Intergraded Resource Plan.

Tlhaloso ea taba ena ke hore moralo ona o mocha, o kenyelletsa ho hakanya maemo a nako e tlang le ho sheba hojana ts’ebelisong ea motlakase.  Sena se etsoa e le ho beha likhakanyo tsa motlakase o tla hlokahala, paballo le polokeho ea matla, matsapa a ho boloka matla nakong ea ts’ebeliso molemong oa hore matla a anele le kaloso ka litjeho tse amohelehang le mekhoa e bolokehileng. Sena se etsoa re ntse re etse hloko paballo ea tikoloho.

Tokomane ea List-cost Power Development Plan e tla nehelanoa ho Mohlomphehi, ha ea Intergraded Resource Plan e ntse e sebetsoa.

Mokhahlelo oa bobeli e leng Section (b), Karabo ke hore ho joalo Mohlomphehi. Ho na le batseteli ba ‘maloa ba atametseng Lekalaka takatso ea ho tsetela mafapheng a ‘maloa a tlhahiso ea matla a hloekileng ebile e le a moshoelella, ho kenyelletsa tlhahiso ea motlakase ka metsi, paballo ea limela le lihlahisoa tse ling.

Lekala la heso la Matla, le kena lipuisanong ka mehla le batho bao re ba bitsang Independent Power Producers, ka sepheo sa ho thusana le bona hore merero ena ea bona e sebetsoe hantle.

Le ha ho le joalo, Ntlo e Khabane e lokela ho ela hloko hore Lekala le thehile sehlopha sa litsebi ho tsoa mafapheng a ‘malloa ho tataisa ts’ebetso ena. Tokomane e supang methati e tla lateloa e phatlalalitsoe.

Mothati oa ho qetela, ke oa ho hlahisa litokomane tsa ts’ebetso eo re seng re le ka hare ho eona.

Kea leboha.

HON. SENATOR R.P.L. PEETE: Kea leboha, Ntate VicePresident.

Ache Honourable Minister o arabile hantle joaloka kamehla. Ka ‘nete le hore mosebetsi oo a ntseng a o etsa ke oona ona, Ntate o entseng hore ke batle ho u botsa Potso ena hore sechaba sa Basotho se tsebe.

Kea u thoholetsa.

Ke ne mpa ke re ke utloisise hore na ka motsotso ona oo re leng ho oona, motlakase oo o ntseng u o fa Basotho u o nka ho kae hona joale tjee? O tsoa Mozambique? U oa o reka kapa u o fumana joang?

Ke hobane ke ne ke re Ntate, tebello ea rona re le Basotho ke hore ka lebaka la ho ba le metsi a abundant, re batla ho bona at one point in time ho na le motlakase o kenang hohle Minister Ramoeletsi, le mekhorong ea bo-nkhono ba rona mona feela e be motlakase o fehliloeng mona Lesotho. Ke hobane hono ho tla re theolela litjeho ebile ho tla re etsa boost economically hobane ke nka hore re tla be re fepele le linaha tse se nang metsi, tse kang South Africa and others.

So, ke ne ke re Ntate, u re fe hore na u re e tla ba kapele bo bo kae, re tla bona re na le motlakase oa moea hobane lithaba tsa rona li phahame. Ha ho ka kenngoa li-Wind Mill tsane, motlakase o tla ba Lesotho mona e tla ba o fetang oo re ka o lekanyang.

Metsi ana a rona, ke ana a mangata bona boo e ka reng ha re ka ra a sebelisa kabohlale, re ka bang le motlakase o tla feta oo Mosotho a ka o lekanyang.

Leha ho le joalo Ntate, ha ke qetella Potso ena ea ka, ke u thoholetsa haholo. Ke u bona khafetsa u ntse u sa re u oa phethola, ke bona lintho li etsahala. Batho bane ba pele ba ne ba re ba thakhola, e be esale ba thakhola ba roetse makarapa feela…

A VOICE FROM THE FLOOR: Bafe?

HON. SENATOR R.P.L PEETE: … Bane (laughter), ba apere libaki tsane tsa li-reflector, ba ntse ba re ba thakhola ho se na ntho e etsahalang.

Uena, ka ‘nete ntho ena eo u e etsang Ntate kea e thoholetsa. Lea bonahala hore Mohlomphehi Tona-Kholo o le laile ‘me lea utloa.

Kea leboha.

HON. M. MOLEKO: Kea leboha Mohlomphehi. Kea leboha le ka thoholetso eno.

Ke mpe ke re litaba tsena tsa Energy Security li ngata haholo.

Re le Lekala re na le a five prompt approach tabeng eno, e leng litaba tsa generation ena eo u buang ka eona, transmission, distribution, legal reforms le institutional reforms.

Ke tla leka hore ke se ke ka ea lolololo, but ka potlako ke tle ke le fe tsona.

Ha ho tluoa ho Legal Reforms, re na le Bill ka mane ka National Assembly. E tla tla ka koano eo re batlang hore re fete hore re bone hore melao e nepahetse.

Institutional Reforms ke moo, re lekang hore re bone hore litsi tsena tsa rona tsa phehlo ea motlakase le tsona li nepahatse. Mohlala, L.E.C (Lesotho Electricity Company) re ntse re sebetsa litaba tsa teng hobane ehlile e khoehla haholo.

Re e etselitse Performance Improvement Plan, a Long Strategic Plan, a Turn Around Strategy, re ntse re sheba li-tariff reviews hore re bone hore motlakase ona li-tariff tseno li nepahetse. Re ntse re sheba lintho tse ka reng replacement of post-paid meters joalo-joalo.

Ha ho tluoa tabeng ea phehlo ea motlakase, Lesotho kea kholoa le sebelisa maximum ea 200MW ea motlakase. Re ile ra aha setsi sa pele sa Lesotho seo ho thoeng ke ‘Muela ke a Hydro-power Station, se fanang ka 72MW.. Se fehla motlakase ka metsi.

Hona tjena re tl’o qala ho aha an 80MW Hydro-power Station eo ho thoeng ke Oxbow. Re fane ka Tender ka contract eo re reng ke Design and Construction Supervision ea chelete e kaalo ka 50 million US Dollars. Kea kholoa e etsa 800 Million.  

Selemong sena se tlang ho tla bo ho qetiloe ho etsoa designs tseno kapa moralo ona. Joale ebe re ea for construction.

Ka mokhoa o ts’oanang, re ntse re e-na le morero oane oa Lesotho-Botswana oa water transfer, moo re il’o haha letamo Makhaleng, e leng 700km of a conveyance system to Botswana moo re ntseng re fana ka metsi mono, moo e tsamaeang feela le oona morero ono, o na le phehlo ea motlakase 45MW Hydro-power Stations tse peli tsa 45MW.

Ha Ramarothole re ntse re haha setsi sa motlakase ka chelete ea ‘Muso ea 80MW. 30MW ea mosebetsi ono e felile. It’s on grid. Ka mantsoe a mang re na le 72MW ea ‘Muela. Re na le 30MW ea Ha Ramarothole, Phase1. Re se re e-na le 102MW. Re hloka 92MW hore Lesotho la be le e-na le motlakase o felletseng.

Re qala mokhahlelo oa bobeli Ha Ramarothole, ona oo ke itseng ke 80MW. Re qala the 50MW likhoeling tse peli tse tlang. Re tla be re qala ts’ebetso eno. Tebello ke hore pele selemo se tlang se fela re tla be re qetile that 50MW. Ke ho bolela hore joale motlakase oa rona, e tla be e le 152MW, ho se ho setse just 48MW.

Re na le li-Company tse ‘maloa tsane tseo u neng u botsa ka tsona hore na re na le batseteli ba nang le thahasello. Ba bangata Mohlomphehi. Ke fana ka mohlala feela, Thaba-Tseka re na le Company eo ho thoeng ke Review Feista ea SouthAfrica. E tlo aha 50MW ea solar. Mafeteng re na le li-Company tse ling tse peli. E ‘ngoe ho thoe ke One Power, ea Ma-America. E tl’o aha 24MW. Joale e be re ba le e ‘ngoe ea China eo ho thoeng ke BJT. E tl’o aha 40MW ea solar, e tsamaea le battery storage ea 20MW.

Mohale’s Hoek re na le Company ea Belgium, eo ho thoeng ke Hirundo. Hirundo e ntse e etsa boithuto ba ho etsa motlakase ka moea. Ba se ba ntse ba hloma li-wind masts, ho tlo etsa boithuto bona hore na moea ono oa Mohale’s Hoek o joang.

Tebello ke hore selemong se tlang, ha ba qetile boithuto bono le bona, ba tla qala ho aha setsi seno. Ho ntse ho na le likopo tse ngata tsa phehlo ea motlakase, tseo re ntseng re e-ba le tsona.  E le mohlala feela, ha re qeta the Lesotho Water Project Phase II, re tla haha a 1200MW tonnes storage. Ke moo ho thoeng ke Kobong, joale re tla e kopanya le ntho eo ho thoeng ke floating solar; e leng motlakase oa letsatsi feela o le ka holim’a matamo ano a rona.

Re nahana hore re tla sebelisa 3% of the area, ho etsa generate about 400MW. Re batla hore ha re qeta ho etsa joalo, re hokela power-line ea 400km ho ea Durban ebile e tsamaea le fiber. Re na le company ea Ma-America eo re seng re ntse re bua le eona ho re re re ba tle ba tsoele-pele ka mosebetsi ono. Re se re ba file tumello ea hore ba etse boithuto.

Boholo ba motlakase ono, ba tla fihla ba o kenya ho li-Data center. Re ntse re nahana hore Lesotho le ka ba le a Data city. Ke hore motlakase ona oa rona, haholo-holo lithabeng mola kaha ho batla ho pholile. Re fihle re li ahe mono.

Ke tsona litaba tseo re ntseng re li sebetsa ntle le tsena tseo u seng u buile ka tsona tsa hore re itjoetsitse re le Lekala ka thomo ea Mohlomphehi Tona-Kholo, hore pele 2030 e fela, re bone hore Mosotho e mong le e mong o na le motlakase. Ke eona taba eo re ntseng re e sebetsa ena. Ha u bona re le hohle mona re ntse re hlahisa mekonteraka. Re ntse re e-na le litaba tsane tsa li-mini-grids Bobatsi., Mokhethoaneng, joalo-joalo. Moo re ntseng re etsa li-mini-grids, ke ho re ke mona moo ho se nang khokelo ea motlakase oa L.E.C. Ke li-mini-grids tse stand alone.

U buile ntlha ea bohlokoa haholo, han u re u batla ho bona le mekhorong ho na le motlakase. Re tl’o qala project selemong sena, eo re tl’o leka hore ntlo leha e lutse e le ‘ngoe, re e kenyetse motlakase. Re e kenyetse solar panel, inventor e ka charger li-phone may be 8 lights, 4 ka ntle, 4 kahare joalo-joalo. Re tla etsa project ea mofuta ono.

Re bile re ntse re nahanaho re le batho bao, e ka reng balisana le bona re ba shebe hobane motho u oa elelloa hore u ntse u ka ‘na oa ba le project ea hore u sebelise chelete e kaalo ka M15 000 ho molisana a lemong. ‘Me u mo rekela torch ea letsatsi. Ha u mo reketse torch, cell phone, stove sa letsatsi, a tsebe ho pheha le ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe eo a e hlokang. Ho re na ke phala hobane joale re bona hore re ka ba sebelisa hore ba se ke ba sebelisa a bio-mass (bokulube kapa patsi). Re leke hore ba phehe ka mokhoa o hloekileng.

Ea bohlokoa ke hore ba tla re thusa ka lintho tse peli. Ea pele, ke hore ha u na le bosholu ba liphoofolo, ha a ts’oere cell phone a ka tseba ho letsetsa mapolesa, ha a ts’oere le  nthoe kang phala joalo-joalo.

Lesotho le tsebahala ka hore metsi ke ’ona a ka holimo-limo lihloliloeng tsa rona. Re batla ba re thuse ka ho hlokomela likhakeletsi tsena tsa rona, li-Wetlands. Ba re re lumellane le bona, re sebetsa le marena hore na lintho tse ka reng li-Rangelands, Wetlands le soil erosion na re li sebetsa joang.

Re ntse re nahana hore e etse project eno ea bona. Ke lumela hore ke eme mona hobane nka qeta lets’eare lena kaofela ke ntse ke hlalosa meralo ena.

HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE: Lula fats’e hle Mohlomphehi. Well done!

Ke u lebohe Ntate Motlatsi oa President. Ke mpa ke thokoloa ke taba e ‘ngoe eo Honourable Minister a e buileng. Kea tseba it might be sensitive. Che! Ke ho nahana.

Ke ne ke re ke (ke kopa u nts’ireletse ho Bahlomphehi ba babeli bane Mohlomphehi, and ha ke ne ke lutse pel’a bona ba ne sa tlo…)

MR. VICE-PRESIDENT: Tlohella ba fats’e tsoela-pele Morena oa ka.

HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE: Ke ne ke re Honourable Minister o buile ka taba ea Hydro Power Station ea Kobong. E nkhutlisetsa morao. Kea kholoa lilemong tse ka bang leshome ha ke sa fose, ke moo bacha ba neng ba le ka pele ho Komiti ena, ‘me the government of that day o ne a fane ka taba ea hore taba ea Kobong ke taba e turu haholo hoo e ka bang ho lahla lichelete tsa sechaba.

Ke re na, just to highlight us, e be lona ha le etsa retain, le khutlisa taba e tjee hobane le bona e se turu, e le ntho e ka etsehang habobebe kapa mohlomong le bona e ka re e ke ke ea fahla ‘muso oa Afrika Borwa?

Ke tse ling tsa Likarabo, tseo re neng re li fumane ka nako eno. E be e ke ke ea fahla ‘muso oa Afrika Borwa ka hore le ka kena-kenana le matamo a seng a ntse a fepela naha ea boahelani na?

HON. M. MOLEKO: Kea leboha Mohlomphehi.

Tumellano ea Lesotho le Afrika Borwa e na le_ ke tla re litemana tse peli tsa bohlokoa. Ea pele, e re Lesotho le Afrika Borwa ‘moho re ahe matamo le litonnoro le tsohle tse tla etsa hore Afrika Borwa e thole metsi. E re metsi ano ha a fetela Afrika Borwa re bone hore Lesotho le fehla motlakase.

Temana ea bobelie re Lesotho le bone hore morerong ono le etse tourism activities, irrigation systems, fisheries joalo-joalo. Le etse sohle se ka etsang hore Lesotho le lona le une molemo.

Ka lebaka leo, ha re ba fahle mahlo. Ena ea Kobong, ehlile leha motho u ne u fihla, ho ne ho ntse ho thoe ekare e turu joale ra e sheba bocha. Ke ile ka ba ka bua le batho ba neng ba etsa moralo ono, ‘na ka bo-nna, ka ba botsa hore na, ntho ee ha ho ntse ho thoe e turu ho thoe e turu hobaneng?

Ka ‘nete ho ile hoa hlahella hore ha e turu, ke ho tsoafa feela, ha ho thoe na ho na le motho ea tla reka motlakase ono haeba a le teng  then ha e turu. ke mokhoa ona ke buileng ka data centre. Data centers li nka motlakase o mo ngata. Ke ho re ha li sebetsa hantle li ka nka motlakase o lekanang le ona oa Lesotho kaofela; ke mokhoa ona re buang ka 1200 megawatts, joale re bua le ka taba eane ea power line hore motlakase ono o mong re ka o rekisetsa le ka nq’ane ka Africa Boroa.

Kea leboha

HON. SENATOR S.K MASUPHA: Kea leboha, Mohlomphehi Vice President.

 Potso ena ea ka ke potso e nyanyeletsang. E eme ka tsela ena ho Mohlomphehi Letona:

 ke hlokometse hore Muso o ikitlaelitse ho fa Basotho motlakase mahala ho sena tefo ea letho, esitana le mekhorong, joalo ka ha Morena oa ka oa Mats’ekha a se a boletse. Feela ts’ebeliso ea oona, Mohlomphehi, e shebahala e phahame haholo, ‘me ho phahama hoo le ‘na ke le tjee ke sebetsa hoa nkimela! Ebe Mohlomphehi o ts’episa hore litjeo tsee tse holimo hakaale-kaale tsa motlakase li tla theoha neng hore Basotho baa ba hoketsoeng mahala ba khone hore ba o sebelise ka mokhoa o lokolohileng le mokhoa o amohelehang?

 Kea kholoa ke eona ka bokhuts’oanyane, Mohlomphehi, kea leboha.

HON MINISTER M. MOLEKO: Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi, potso ena ke ea bohlokoa. Ke potso eo Mohlomphehi Tona-kholo a lulang a re botsa eona ebile a re laela hore, bonang hore motlakase litjeo tsa teng lia theoha. Feela re na le qholotso e kholo ka hore ha re es’o qete taba ena ea litsi tsa rona tsa phehlo ea motlakase; re ntse re reka motlakase Afrika Boroa le Mozambique joale litjeo tsa teng li holimo haholo.

 Ha u ka sheba na re fa Basotho motlakase ka bokae – u b’u sheba na re reka motlakase ka bokae le hore na ba boahelani ba patala bokae –  ka motlakase ba holimo haholo! Ke mokhoa ona setsi sane sa rona sa LEC se nang le bothata. Feela ke utloisisa hore selemong sena se tlang ha re qetile ho aha litsi tsa rona tsa motlakase litjeo li tla qalella ho theoha.

Feela mona moo ke lutseng ke ntse ke batla ho il’o eletsa Mohlomphehi Tona-Kholo o batla motlakase o theohe hore re tle re shebe na lilemong – ke ikesitse feela ke re lilemong tse hlano (5) tse tlang na Basotho ba ka thola motlakase mahala na, hobane ha u sheba hore LEC – ke iketsise feela ke re chelete eo ba e patalisang sechaba ke M1.5 Billion (ke iketsisa feela). Ke bona hore ho ka fihla nako eo re fehlang motlakase ebile re o  rekisa kantle joale ebe chelete eo re bang le eona ebe re beha a certain portion hore batho Basotho ba thusoe ka motlakase, feela likhoebo tsona ntse li patala. Taba ena e ka etsahala, hobane 2029 re tl’o qeta ho haha letamo lane la Polihali le tl’o rekisetsa metsi South Africa ebe re thola chelete eane eo re reng ke water royalty. Water royalty eno ekanna eaba ha re hakanya – ha ke iketsise ke re ekanna ea etsa bo 3-4 Billion Maloti. Ke mokhoa ona ke reng le ho eona u n’u kanna tsipa ua qalella ho etsa subsidise motlakase –  hobane ekaba ntho e ntle hore hobe le letsatsi leo re ka tholang Mosotho e mong le e mong a na le metsi le motlakase oa mahala.

 Kea leboha.

HON. SENATOR S. MOTSAMAI: ke lebohe, hle, Ntate Motlatsi oa Mookameli, Tafole, Ministers and Litho tse Khabane.

Che, on a lighter note, Ntate Vice President, e ne e le ea hore Ntate Minister ha a qala mona o ile a re litaba tse ka Paramenteng ka mane li tla tla ka koano, athe joale ka mane ke ka Ntlong ea Bakhethoa. Re Paramente ha re le ‘moho! E leng ho re, hee, re nne re lule re li arohanya. Empa joale e ‘ngoe hape-hape moo ehlileng potso ea ka e neng ele hona teng ke hore moralo ona oa hau na, Mohlomphehi Letona, o kenyelelitse le taba ea infrastructure na?

In terms of  ho tsamaisa motlakase marang-rang a teng ka har’a Naha ho tloha moo o fehloang ho tla mona kahar’a grid ea LEC, kahoo li tla be li na le matla a lekaneng ho jara boima boo bo re tlabe re se re bo tsamaisa, including ho tloha mona ho ea ka hare ho SADC poll.

Na re bona eka re se re ntse re kenyelelitse le taba eo?

 Ea bobeli, ke utloile o sa re, qii, hantle, Ntate, ho re na moo moo u buang ka 92 e nang le khaello motlakaseng re se re ntse re o bokeletsa –  li-mini grid tsee contribution ea tsona ke e kae ho deficit ee ea 92 (kapa ke kaholimo ho teng)?

So, e le hore tabeng eo re reng khaello re na le eona ha u ka balella li minigrid tsee tseo u nts’u bua ka tsona ke hore  na li theola palo ee kapa li ntse li le tlaase ho eona na?

E ‘ngoe potso eo ke nang le eona ke hore na Ramarothole le tsena tse ling tseo u seng u buile ka tsona ke utloile ha u bua ka ena u re e na le battery storage ho tsena tsa solar tseo re nang le tsona. Joale na tsee ho na le moralo kapa an understanding ea hore ho bonahale hore moo moo u il’o etsa 80 plus 50 eo re seng re ntse re na le eona moo Ha Ramarothole na re kenyeletsa taba ea battery storage na?

 Lebaka la ka ke hobane ke utloisisa hore ha maemo a leholimo a le tjena le bosiu generation ea motlakase e theohela tlaase. Empa ha letsatsi le le teng, eba re etsa harvest ka mokhoa o le kaneng, re tla tseba ha re bokelelitse ebe re se re ntse re fetisa taba eno.

 Ke qetela ka hore, ae, che! Ena empa ele taba eo ke neng ke utloa u e ts’oere hantle. Haeba ke toro ea Mohlomphehi Tona-kholo kannete u mp’u mo joetse hore ho ena kea mo tlatsa haholo feela ea hore motlakase ebe oa mahala, metsi ebe a mahala; ha esabe tsa mahala li theohe – kea e ts’ehetsa Hore ehlile oa bolela Ntate, hobane ho na le lintho tsa mahala tse turu tseo le re fileng tsona. Le re file litsela ke tsena Mpiti, Sehlaba-thebe ka li millione, ‘me re tsamaea mahala re sa patale letho. Le re file tsela ke ena Mohale’s Hoek, Quthing.       Re itsamaela le sa re patalise letho holim’a tsona ka mokhoa o direct, e le likhang, joale ntho e hlokahalang le mona motlakaseng ke hore nkang he le etse 1.2 Billion ka selemo e nne kene motlakaseng mona, le rona re nne re theo-theoleloe mono.

        Ke utloaeka ‘na ke taba e ka tsebang ho fihleleha ha bobebe haholo ho feta hore re nne re nahane litaba tse ngata tsena empa he hore ena eo u buileng ka kaofela ea hore – Potso eo keneng ke batla ho e botsa ke hore na ha u so u sheba ka leihlo la moea li-Company tse kokotang ho lona ho tla etsa generate motlakase e le li imped suppliers ha u li sheba u bona li ba kae ka palo, le tseo uena u tsebang ho likhahlametsa u tseba ho sebetsa ka tsona hore lifete, kore u bua ka taba yes , ke sentse ke le ka har’a ts’ebetso ena, ke bona batho ba kolokileng ba kopang ho tla ho ‘na empa tsela eo ke basebeletsang ka eona, kapasekhahla seo ke ba sebeletsang ka sona ke bona se lekana le line ea bona, ho e fokotsa kapa joale ke bona ka nqena ho ntse ho sena tema ho tsoa mono, ‘me taba ena e tla re thusa hore na u bonaeka constrain haeba e le teng hobane oa hlokomela Ntate hore u tsoile letsolo u batla batho batlo tla ba etsa invest, le boetse hape-hape re nkile Ntate Motlotlehi hore le eena a tsamae a re batlele batho ba na ba nne ba tsebe ho tla, so ke mpa ke batla ho bona na the level of response ea rona holim’a mona ha re ilo balata le ha ba se ba fihla hae mona na re khona ho ba sebeletsa kapele hakae if not ke li-constrain li feng tseo u bonang eka li hloka phetoho ea kapele hore re tseba ho nka monyetla ha ba santsane ba ena le thahasello ea ho kokota liofising tsa hau na?

        HON. MIN. M. MOLEKO: Kea leboha, Mohlomphehi, ha ho tluoa tabeng ea li-transmission line ehlile le tsona re sentse re lisebetsa, re etsa li– visibility, mohlala feela, rena le line e kholo, Mazenod ho ea Qacha. Re na le line Maseru Bloemfontein, rena le line Butha-Buthe Clarence, engoe Mokhotlong hoea substation eo hothoeng ke Vinus ea N3, li sentse li sebetsa hore re bone hore motlakase ona ehlile o ea moo o hlokang hoea teng, ke taba eno ea infrastructure.

        U tla elelloa hore libakeng tse ling tseo re ntseng re sebetsa taba tsena tsa motlakase kae-kae re ntse re haha le litsela, kore ha u sheba morero oa bobeli oa Metsi a Lihlaba, re haile li-excess Roads, divider Roads, re haile haile li-power stations, re haile le taba tsa bo-tourism, ha kere taba tsena tsa bo-Poli-hali lodge, Katse lodge, Mohale lodge e le mane moo ke neng ke bua ka temana ea bobeli ea agreement ena ea highlands sore sentse re li sebetsa. Ha ho tluoa tabeng ea mini-grits -, tsona re ne re fane ka li-concession kapa tumello ea hore li hahoe tse 15, ke hona li ntseng li sebetsoa ke Company ena ea One Power, e ile ea batla e sebetsa ka boimanyana feela kea kholoa e tlo khutlela temeng e sebetse hantle.

        Cobtribution ea tsona hona joale ha esobe matla haholo hobane joale le ha rentse re re re hloka 2 Hundred MW, motho o tlameha a elelloe hore letsatsi le leng le le leng hona le matlo a macha a hlokang motlakase, joale palo eo ha se hore ehlile e 100%, feela kere  ha rena liqolotso tse ngata haholo hobane batho ba batlang ho tsetela kahare ho naha en aba bangata haholo, ba bang re se bile re ntse re bathiba ha ba bua ka ho fehla motlakase ka letsatsi hobane re re tabeng  ea ho fehla motlakase ka letsatsi re e nepile.

        Ha motho a ka tla a re o batla ho fehla motlakase ka letsatsi ke mona moo re tlang re tlele le off-take kapa le moo u tlo o rekisetsa kantle ho Lesotho, mohlala a kanna a re ke tla rekisetsa Angle-American Gauteng, joale re tla re haha setsi seno rona re tsebe ho etsa khafa khafa kanqena, e be joale ho tsamaisoa motlakase ono hoea Gauteng ka arrangement e bitsoang Willing, ba fihla ba patella feela ho sebelisa lithapo tseno hoea mining mono joale le bona re sentse re bua le bona, joale ke bona eka liqholotso tsona ehlile ha lingata haholo, e se ele rona re le Lekala hore re sebetse ka matla hobane joale capacity ke eona eo rentseng re leka hore re e hahe, Kea leboha.

        HON. SENATOR S. B. API: Ke mpa le ‘na kere Ntate Motlatsi oa Ntlo ea Senate ke re Ntate, nke ke nyanyelletse tabeng ena eo Letona le e buang. Kea kholoa Ntate kena le lipotso tse ngata haholo tseo e saleng ke li etsa kahare ho Ntlo ena, ke etsa litlhahiso ke etsa lintho tsena kaofela, joale ena eo hothoeng ho hauoa – eo hothoeng Power Station e tlaba ho tloha, mohlomong ke e bits eke re Mikaeleng hoea Qacha, karolo ena ke engoe mohlomong ekabang e batla e ts’oere sebaka sane seo ke phelang kahar’a son aka tsela e bolutu haholo hobane Ha-Ramabanta ha u se u ka ithuta eona, Fatima ke sebaka se karolo li holimo haholo kahare ho naha ena ea Lesotho, feela empa ke sebaka seo ekang hohang ha se bonahale.

        Kea kholoa le uena Mohlomphehi nakong ea hau ha u ntse u papaela ka oona motlakase potso ea ka le uena u ile nne oa e araba oa re budget ea selemong se tlang empa nako ea ba nna ea feta, ke re le honajoale, Mohlomphehi, oa papaela feela ke bonaeka kapel’a rona ha ho sana nako e kae feela Ha-Ramabanta e ntse eso kene motlakase. Ebe ekaba Ntate u tla ke a hauhe neng a kalo bona boemo bojoalo hobane joale sebaka sena sa haeso se tlokotsing ka ntho tse ngata tseo ke etsang Lipotso ka tsona, e sita le ka litsela le marokho Ntate feela se ke bua ka ena e khutsoane eo ke reng letsatsing lena kea utloa u hlahisa taba eo u arabelang litaba tsa motlakase ebile a fana le ka boemo bohle kaofela bo kabang ba batla ba theotse, ho ke sebileng kena le mohopolo oa hore ke re mohlomong Ntlo e ke e mphe monyetla oa hore haeba chance ea hore nke ke ilo kopana le Mohlompehi Tona-Kholo, re ke re ilo lula fatse a tleke a mphe hore naebe bothata bohokae hakana, sechaba sena sa haeso se lulang se khetha lilemo tsohle ha ele nako ea Likhetho.

        MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa ka ke utloile hore u la bo so u kena mona moo Mohlomphehi Letona a buang ka line e tlohang Mazenod e ea Qacha, oa bo so u re aee ka ‘nete kaha joale e ilo feta kamane ka Ha-Ramabanta ke ts’oara hona mona, ‘me che u nepile Mohlomphehi o tla hlalosa hore na ebe na line eo e tla etsa benefit sebaka seo sa Fatima Ha-Ramabanta ka tsela ea mofuta o feng, kea utloa hore u ntse u nqosa hore le nna ha nkaba ka u sebeletsa ha ke le ka ofising ka mono, u hopole ke nkile likhoeli tse ts’eletseng feela ke le ka ofising eo.

        Litho tse Khabane pele kefa Mohlomphehi Letona le Khabane hore a arabe ke shebile taba ea nako hore in terms of Standing Order 16(5) re lokela hore re phomolele lijo tsa mots’eare within a minute or so, ebe re tla khutla ka 14:30pm, empa he re e re kope tataiso ea lona hore na ekaba takatso ea Litho tse Khabane hore re eketse nako. Re setse ka Lipotso tse hlano hore re eketse nako re qetele mosebetsi o matsohong kapa joang.

                                Question Put and agreed to

HON. MIN. M. MOLEKO: Kea leboha Mohlomphehi, taba ea Ha-Ramabanta re ntse re le ka ho sheba na re ka epotlakisa joang, Power line eno e tlohang Mazenod hoea Qacha ehlile e tlo araba taba tsa tikoloho eno le tsa Semonkong feela bekeng ea ho feta kapa tse peli tsa ho feta, ke ile ka kopa Lekala lee Ha-Ramabanta le ilo sheba na mokhoa oo re ka o sebelisang le haekaba temporary e kaba hofeng, hobane ho ne hoena le bahoebi baneng batlile ofising ba ntjoetsa ka ona mathata ao. Joale ke ntse ke lebeletse hore Bahlanka ba tla khutla ba cho hore na ehlile re tlameha ho emela power line eo kapa che!

Maobane ke ne ke na le Letona la Finance ke ntse ke le kopa hore re tle re be le kopano ha a se a fetile litaba tsena tsa hae tsa mosebetsi oa hae o bohloko, hore re tle re tl’o shebisana taba ea power line, hore na e ka hahoa ka pele hakae, hobane re le Lekala  re batla e hahoe selemong sona sena. Joale ha a se a re file tumello ea hore re ka tsoela pele hoba chelete e se e le teng, re tla tsoelapele re hahe.

Kea leboha.

Question 105 NEED TO ADDRESS POVERTY IN LESOTHO

Question was deffered.

Question 106 OPERATIONALISATION OF AMENDMENT NUMBER 10 TO THE CONSTITUTION ACT

HON. SENATOR M. M. MOSHOESHOE: Asked Minister of Law to deliver a comprehensive statement to the Senate outlining the Government’s vision to ensure the recently passed Amendment to the constitution is effected.

HON. R. RAMOELETSI (MINISTER of LAW): Kea leboha Mr. Vice-President, Honourable Senators.

I wish to thank Honourable Senator Moshoeshoe for raising this important question regarding the operationalization of the 10th Amendment to the Constitution Act.

Mr. Vice-President, the implementation of the 10th Amendment must be understood within the broader national reforms journey beginning with the Plenary 1 advancing through the Plenary 2 and culminating in the enactment of Constitution of Amendments by this Honourable Parliament.

We now stand in the implementation face, the stage where policies, institutional arrangements and enabling legislation must be designed and operationalized in accordance with the 10th Amendment to the Constitution Amendment Act. 

Section 27 of Amendment which amends section 156 of the Constitution requires that all measures necessary to give full effect to the Constitution be prescribed or implemented by a responsible authority within 18 months, subject to extension by Parliament where necessary.

This provision establishes a clear Constitutional obligation, a defined time frame and Parliamentary oversight. In preparation for this phase, a benchmarking exercise was conducted in Nairobi Kenya to draw lessons from their Constitutional implementation experience. The delegation examined Kenya’s implementation structure, primarily oversight mechanisms and reform coordination arrangements.

The key lessons learned was the importance of a clearly defined implementation authority supported by strong technical expertise in Kenya’s case anchored within Parliament.

Mr. Vice-President, Honourable Senators, while the Reforms processes has been stakeholder-driven from its inception in Lesotho, the implementation phase necessarily requires strong technical direction. Their approach being adopted is therefore both inclusive and expert-let.

Stakeholders participation remains integral while specialized legal administrative and institutional expertise ensures that reforms are translated accurately and effectively into law, practice and policy direction. This balanced models safeguard legitimacy while strengthening an implementation capacity.

The amendment establishes an implementation structure as the mechanism to oversee and coordinate the implementation of reforms including the 10th Amendment, 11th Amendment and the 12th Amendment as well as remaining compliance work on the reforms agenda.

Furthermore, Section 1 of 63 safeguards continuity of existing public offices and institutions during the transition. This ensures that operationalisation strengthens governance progressive without disruption aligning institutions to the new constitutional frame work. Following the passage of the 10th Amendment constitutions consultations where held with leaders of political parties represented in Parliament in the National Assembly. The intention was to have shared the information on the new structure with this Honourable House had it not been for deliberations on the budget presentation, however, consultations meeting with representatives of this Honourable House are scheduled soonest.

Operationalization will therefore proceed in phased constitutional framework that complies with the manner of ensuring legal alignment, institutional stability, unadministrative readiness and financial suitability. Mr. Vice-President, the objective is to clear and move the reforms from constitutional text to practical effect in a manner that straightens governance and preserves institutional continuity and upholds the authority of Parliament. The Senate will continue to be kept informed as this process advances. I thank you.

HON. SENATOR M. M. MOSHOESHOE: Ntate Vice-President kea leboha haholo ka karabo ena eo Ntate Minister ae arabang potso ea ka. Potso ea ka e nyanyeletsang ke bolutu bo bonahalang likamanong tsa rona re le Litho tse Khabane tsa Ntlo ena e le Ntate Minister. Ha ke hloke ho hopotsa Ntate Vice-President hore Ntate Minister of Law ha se le hore kea mo loants’a hobane ke Setho se Khabane sa Ntlo ena, litaba tsena tsa ho kopanya li-leader tsa Ntlo eane e ka tlase le rona le moifo o bopiloeng ke uena li sisintha hona hoo, li se li nkile nako e telele. Ke u bonts’e feela hona joale hore re ile ra koala, re koalla nako ena ea Christmas Holidays ‘me e ne e bonahala ka nako eno ha re koala eka 2nd or 3rd week of January liphutheho tse joalo li tla boela li tsoela-pele, ha esale ho thola. Ha ho na communication e ntle lipakeng tsa rona le Ntate Letona le moifo ona o kileng oa bopuoa hore re tsoele-pele ka litaba tsena ‘me kannete ho ‘na re mo khathatsa ke hobane ka mora mono le rona sechaba se re emelletse se re botsa lipotso haholo ha ho tluoa mafelong a selemo joale re qala se secha re tlo thathamisa hore na mesebetsi eo e bang re e entse ea selemo ke efe.

Ka mona ka Ntlong ea Sechaba re bopiloe ka mekhahlelo e ‘meli, Mokhahlelo oa pele ke oa Marena a Sehlooho a tlileng ka mona ka Ntlong ena ka boemo ba ‘ona e le li-Principal Chiefs ebe ho na le mokhahlelo o mong oa bathonngoa ba thontsoeng ke Motlotlehi Khosi Rabasotho. Ka lehlakoreng lena la Marena a Sehlooho ba na le group eo h o thoeng ke ea College of Chiefs e etelletsoeng pele ke Morena oa ka oa Mokhotlong.

Kannete khale ba leka ho kopana le eena ho bona hore na litaba tsena li sebetsa joang ‘me kannete ke ne ke re Mohlomphehi ke utloile u re soon joale ke re na how soon is soon? Kamehla le matsatsi re arohana ho ntse ho thoe soon li-meeting li tla ba teng. Re llile le ka tsona, li-consultation tseno li nka nako e telele re ntse re ts’episoa re fuoa le tsepo ea hore ho tla kopanoa. Joale kannete ‘na ke bona Ntate Minister a tsamaea butle. How soon is soon Ntate Minister? Kamehla le matsatsi u sebelisa mantsoe ana a hore soonest or as soon as possible joale re se re khathetse matla ke mokhoa ona re tla u sisinya ka lipotso hore hobane potso eona u tla tlameha u tle ka mona u tlo tla u itlhalosa. Kannete Ntate a k’u re fe a comprehensive plan with dates and timeline hore na how soon is soonest. Kea laboha.

HON. SENATOR R. RAMOELETSI: Kea leboha Bahlomphehi ba ka. Kannete rona re Malala-a-laotsoe ha re ka ra fuoa letsatsi re tla tseba ho ba teng empa joale ke bona sekhoqetsanenyana e le sena sa period ena ea budget, hore joale re ea hlokahala ka Ntlong ka mane. Le joale hona tjena ke ntse ke bitsoa ho thoe ke potlakele ka Komiting e ‘ngoe feela ke le ka mona. Ke re empa joale le taba eno ea sekhoqetsane sena sa budget empa rona re Malala-a-laotsoe beng ba ka. Ke kopa le tle le ntumelle ke tle ke buoe le Clerk a tle a re lokisetse letsatsi leo re ka ra tsebang hore re kopane ka lona. Kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha Mohlomphehi Letona le Khabane.

HON. SENATOR S. K. MASUPHA: Haeba kea lumelloa Mohlomphehi, ke na le potso e nyanyeletsang ho Letona la Molao. Ke tsoele-pele Ntate?

Ke ne sa hlokomela hore ho se ho khotsofetsoe ke ‘na.

Ke re Mohlomphehi ‘Makholu o behile taba ea bohlokoa haholo, joale potso ea ka e nyanyeletsang ke hore na, Mohlomphehi, na u hlokometse hore ho na le ho kapisana h a Matlo ana a mabeli ha ho tluoa litabeng tsa li-Reform? Ka tsela ea hore ho hlokomeleha ho na le nako e ngata ea ho soetsana, ‘me ba lebala hore haele bonnete litaba tsena ke maikutlo a Sechaba.

Na Mohlomphehi Letona la ka ka uena Deputy President, Letona le ka hlokomela hore taba ee ke taba e utloisang Sechaba bohloko ha ho se na letho le etsahalang litabeng tsa rona ha re lutse kamoo? E se eka re luletse monate ka mona re le Litho tsa Senate tse etsang melao.

Na ebe, Mohlomphehi, e ne e ke ke ea ba bohlale hore ha ke tsebahore na taba ena e ka etsoa ke mang, hore na ke ‘Muso kapa mang, ena ea hore Molao ona oa li-Reform ho bonahala hore o feitse completely. Ke hore motho e mong le e mong oa bona hore li-Reform li feitse.

Na ebe le ke ke la ikeletsa Bahlomphehi le le Puso hore le ke le koale Molao oa Motheo, le o qhaqholle, le o behe fatše? Ke cho tjena, Mohlomphehi, ke re ha Molao ona oa Motheo o ntse o le teng, ho na le batho ba bohlale ba o etsang challenge, ba etsang challenge Litemana ka hare ho ‘ona. Joale ke lumela ha o behiloe fatše, ha ho na motho ea tla etsa quote letho hobane o tla be o le sieo ka hare ho naha ea Lesotho.

Na ebe Mohlomphehi le ea hlokomela hore taba ee eo ‘na ke e bonang ekare ke eona feela e tla sebetsa? Ke hore u tle u inahanele eona Mohlomphehi hore na e ke ke ea ba eona feela e ka tsebang hore li-Reform li tsoele-pele.

Ha ho ntse ho qotsoa litemana, ba bang ba ea e thesela ka ho soetsa Mohlomphehi.

Na u hlokometse taba eo, Ntate?

Kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Litho tse Khabane, ke tšoenyehile kea bona hore Litulo li ntse li ba empty hobane joale re ka ha re ho nako eane ea lijo. Joale kea kholoa eka ‘na eaba Bahlomphehi ba bang litsoekere li ea phahama joale. Ke ntho ena ke neng ke shebile hore re petelletse hore re qete kapelenyana.

Morena oa ka haeba ke utloa hantle empa u pota-potile lentsoe ho fanyeha. U re na Mohlomphehi Letona ha a bone ho le betere hore ho fanyehoe Molao oa Motheo ho tsebe ho sebetsanoa le oona hobane ha ho sebetsoana le oona, batho ba lula ba ntse ba etsa refer litemaneng tse itseng. Ehlile u cho joalo, u bua ka ho fanyeha hore na ha ho betere hore ho fanyehoe Molao oa Motheo e le hore re tsebe ho etsa focus holima Li-Reform?

Mohlomphehi, Letona le Khabane.

HON. R. RAMOELETSI (MINISTER of LAW and JUSTICE): Kea leboha Mohlomphehi ka potso ena. Ke bona potso ena e hloka boinahano bo tebileng hore na ebe ha re fanyeha Molao oa Motheo re ka etsa joang, ‘me re tla sebelisa eng ha oona re o fanyehile hore re ‘ne re tsebe ho phetha e meng ea mesebetsi eo o ntseng o re thusa ha e le teng.

Kahona ka boikokobetso Beng ba ka, taba ena e hloka boinahano bo tebileng ‘me nke ke ka tseba ho e arabela hang-hang.

Kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Senator Mohale, ha re nke e hlahlamang re bone hore na re ke ke ra e qeta.

107. BRIEF ON RECENT EVALUATION REPORTS OF THE EXECUTORS ON RECENT SETTLEMENT ESTATES

HON. Senator T. M. Mohale ask the Minister of Law and Justice to apprise the Senate on recent evaluation reports of the executors on recently settled estates, also when will the Minister review the responsibilities of the Master of High Court in household estates.

HON. R. RAMOELETSI: Kea leboha, Mohlomphehi.

Ke kopa potso ena e cheche.

Question 107 Deferred.

MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane.

Ha re fetele ho e hlahlamang Morena oa ka oa Tajane.

HON. SENATOR T. M. MOHALE: Kea leboha, Ntate Motlatsi oa Madam-President, ke ema mona ke botsa potso ea 108.

QUESTION 108: Need to overhaul Lesotho Tax Landscape

Asked the Minister of Finance and Development Planning if she is aware of the urgent need to overhaul Lesotho tax landscape to drive economic growth, increase revenue generation, improve the business environment and enhance effective tax administration.

If so, how soon will the Minister present four Tax Reform Bill namely, the Tax Administration Bill, the Income Tax (Amenement) Bill, the Value Added Tax Bill and Public Financial management and Accountability Bill before the Parliament to be transmitted into Law?

HON. R. RAMOELETSI (On behalf of Minister of Finance): Kea leboha, Mohlomphehi.

Ke kopa potso ena re e chechise ka mabaka ao re a hlalositseng hore ka’nete leha ho na le collective responsibility, Letona la Finance le ile la hlaheloa ke sea-luma sena joale le hlotsoe ho mpha lintlha tse feletseng empa le tla tla bekeng e tlang le tl’o sebetsana le litaba tsena le Bahlanka ba hae.

Question 108 differed.

109. DEVELOPMENT REGARDING LAND ALLOCATED TO LIMKOKWING UNIVERSITY OF CREATIVE TECHNOLOGY

Hon.Senator Moshoeshoe ask the Honourable Minister of Education and Training to enlighten this Honourable House on the status of land allocated to the Limkokwing University of Creative Technology, specifically focusing on the following:

  1. The developments that have taken place since its allocation;
  2. Any challenges or delays that have hindered the planned infrastructure development on the site;
  3. Outline of the process followed for acquisition of the site at Masianokeng; the amount paid to obtain the land;
  4. Terms and conditions on which the university is occupying the current land or space, if they are paying any ground rent to the government and how much is it?
  5. The Ministry’s plans to ensure the land is productively used to advance higher education and innovation in the country.

HON. N. M. MOTEANE (MINISTER of PUBLIC WORKS): Kea leboha, Mohlomphehi.

Ke lebohe potso ena ea Mohlomphehi Moshoeshoe e buang ka litaba tsa setša sa University e bitsoang Limkokwing Creative Technology eo re e bonang kamehla le rona ba fetang re kena Maseru re tsoa South, e bonahalang ho se na tšebetso e lebeletsoeng hore e tla ba teng. Ke kopa ho araba Potso ena ka mokhoa ona hobane Mohlomphehi o ne a botsitse hore na ho na le letho le etsahalang mono, esale ho fanoa ka sets’a. Joale haeba e teng, ekaba ke eng e sitisang hore ho tsoeloe-pele. A ba a botsa hape hore na ebe interms of, or ho etsoe outline hore na Sets’a sena se Masianokeng mane pela High school ha u ts’ela ka nqena ho tsela, na se ile sa fumanoa joang le hore na ekaba sebaka seno se tla sebelisoa productively joang haele mona ho shebahala eka ha ho na letho le etsahalang.

Karabo ke ena Mohlomphehi. Kennete hore ha ho letho le seng le entsoe ntlheng ea ho haha University ena ntle feela le ho kampela sets’a Joale empa hore taba ena e tle e utloisisehe, Mohlomphehi, ke kopa ke boele ke bale karolo ena.

‘Muso oa Lesotho o ile oa kena Litumellanong le Sekolo sa thuto e Phahameng ea Mahlale, sa Limkonkwin ha se tla thehoa koano Lesotho, ea hore har’a tse ling tseo ‘Muso o ileng oa itlama ka tsona, e ile eaba hore o tla kalimana ka sebaka sa ts’ebetso nakongea lilemo tse 15, sebakeng sa hore Setsi seo se tsebe ho tsitsa, se tsebe ho iphumana le ho bona hore na ebe se tla sebetsa joang.

Lilemo tseno lia feela Selemong sena hobane Tumellano e ne e entsoe ka Selemo sa 2011. Eleng ho re re fihla mane moo ‘Muso oa Lesotho, boitlamo ba ‘ona ba hore o tla ‘ne o fe Sekolo sebaka bo felileng.

Sekolo sena se ile sa tla ka morero oa hore se fumane sets’a seo se tlang ho ikahela ho sona,’me sa kopa sets’a mane Ha Mapetla, Masianokeng, hoa ba hoa nts’oa Chelete e M7, 800 000.00, eo hothoeng e tla sebelisoa ho fumana Sets’a seo. Ho be ho rekoe le masimo kapa ho putsoe beng ba masimo.

Lipuisano li ile tsa phetheloa. Limkokwing e lebelletsoe ‘me e ntse e tlaleha ho Lekala la Thuto le Koetliso ka khatelo-pele Mosebetsing ona oo e ntseng e o etsa. Moralo o pharalletseng, Master Plan, nako tsa ts’ebetso, eleng Development Schedules tseo ka bomali-mabe li ileng tsa ameha ha ho ntse ho sebetsoa litaba le beng ba masimo, ho bonahala joale mosebetsi ona o thisitse, ‘me Lekala la Thuto le ntse le shebile taba ena le ho hlokomelisa hore joale nako e fihlile ea kalimano mona Lerotholi Polytechnic, ‘me joale Limkokwing e kene ts’ebetsong e ntlafatse Sets’a, seo e hahe campus joale e tsebe hore e lule.

Che, le haele mona nako e le hona e felang, ho se ntse ho bonahala hore Lekala la haeso le tlameha hore le lise ka leihlo le nchocho hore litaba tsena li tle li etsahale.  Joale ha u sheba u bona eka taba ena ea N tlafatso e tla etsahala ka Selemo sa 2028 ha re tloha mona moo re leng teng.

 Ea ho qetela Potso, e ne e le hore na Sets’a seno se abetsoeng Sekolo sena se abiloe e le sebaka se tlang ho sebelisoa feela ho nts’etsa litaba tsa thuto pele ‘me ho latela lipehelo se ke ke sa fuoa morero o mong kapa sa abeloa morero o mong ntle hore feela hore ebe Tertiary Education Department ea lumela. Na ha ho na moo se ka sebelisoang teng ho latela Limkokwin kapa ba bang ba tlisang nts’etso-pele ea ntlafatso ea thuto ea Tertiary.

Kea leboha, Mohlomphehi.

HON. SENATOR M. M. MOSHOESHOE: Mr. Vice-President, ka’nete kea leboha haholo ka karabo ena eo Mohlomphehi Leader of the House a tlileng a e fuoe hore a tl’o araba Potso ena ea ka.

Potso ea ka e nyanyeletsang holim’a Karabo ena eo ke nang le tumelo hore e se ntse e kene ka phoneng ea ka marang-rang mona joale kah a ho tloaelehile hore karabo ha e ba teng, e fanoe e se ke ea fuoa mong’a potso feela, e fanoe le ho Litho tsohle tsa Ntlo ena, re e fumane matsohong, kea ts’epa taba e joalo e tla etsahala.

Potso ea ka e nyanyeletsang ke ena Mohlomphehi. Ke hore Term ena ea 15 years e fela selemong sena. Joale mane Masianokeng ha ho s’o qobe lerole, ha ho s’o etsahale letho.

Na ho ka khahla Letona le Khabane hore le ke le re hlalosetse kapa le chabisetse Ntlo ena hore na joale Li-negotiation li ntse li reng ha Contract e fela?

Joale empa eona contract e joalo e ka etsoa negotiate ebe e etsoa renew. Ebe haeba ho fanoe ka extension, ke e kae?

Ha ke utloe Letona le bua letho ka hore na joale haeba contract supposing   e fella ka April, joale after April ho tl’o etsahalang hobane ‘na mona moo ke lutseng, kea utloisisa hore ho se ho kenoe lipuisanong tsa hore na joale ho tla etsahalang.

Joale ha ke utloe Letona le ama hore na ha Date eno ea Contract e fihla e re khaqa! Hantle ho tloha moo ho ea pele ekaba Lekala lee la haeso la Education le se le entse tumellano le ts’episo ea hore na bana bao ba Basotho ho tla etsahalang ka bona? kapa Sekolo se tla fumana extention ea nako e kae!

 Ntle le taba ena eo a e hlalositseng ka bokheleke ea 2028, ea hore ho tla lokisetsoa mane –  joale between now le 2028 li- negotiation li r’eng?

Kea leboha.

HON. MIN. N.MOTEANE: Kea leboha, Mohlomphehi. Ho latela ba Limkokwing University ha re ntse re shebisana litaba tsena re le Lekala le bona, ba ts’episitse hore mosebetsi o tla thakhoha ka 2026. Eleng ho re ke hona Selemong sena ka April. ‘Me ha u sheba mohlomong nako ea lilemo tse peli tsa ho aha, ke ho bolela hore campus will be ready ka 2028. Empa hona ho bitsoang transition –  ho re na joale ha re ntse re eme mona, moo ba lokelang hore ebe ba tlohile ka Lerotholi Polytechnic le mona moo ba lokelang ho tloha – ke ho re na ebe ha re sheba litaba campus ea bona e tl’a be e lokile?

Re lumela hore e tla ba lilemo tse peli. Empa taba ena e tla etsahala feela ha Lekala le ka la hla la e lula holimo and follow it in earnest manner. Re se re tseba, Bahlomphehi, hore hangata re ee re fane ka lits’episo tsa hore na meaho e tla qala neng, e fele neng, empa ebe nengneng litaba ha li etsahale ka mokhoa oo re rerileng kateng.

Feela empa there is a Monitoring Programme for Limkokwing: we want Limkokwing to leave Lerotholi Polytechnic so that they can use the facilities there, to extent its own Programmes. We will work hard to see that all this is completed in 2 years.

Mohlomphehi Mofumahali Makholu, litaba tseo ka ‘nete ke merero eo re ba rapellang hore e tle e phethahale, ke kerero eo e etsoang ke Lekala la Thuto le Limkokwing University.

Che, ha ba ne ba re botsitse rona ba Meaho re ne re tla re this is going to be a tough task. Empa che, ha ke u khothatse ka hore ke bone ho na le Karolo e isang bana ba Botho University meahong ea bona, eo joale e  ileng ea re ha e bona hore, hela, ehlile re tlameha hore re tsoelepele –  ehlile ba ile ba potla-potlaka; campus ese e eme. Kahoo ena e tla ema, Mohlomphehi.

MR VICE PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane. Bano ba Botho University ba ne ba baleha rent, joale bana ba LIMKOKWING ke belaela hore ha ba lefe rent. Ke ntho ena ba nkang nako e telele.

Re lebohile haholo, Mohlomphehi Letona, ka Karabo eno. Re na le Government Assurance Committee ka mona  e tla ba thusa ele hore litaba li tle li phetheloe.

 Honorable Senator Motsamai, ha re phethele.

HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ntate Vice-President, Tafole, Honorable Minister, Litho tse Khabane, ke belaela hore ekanna eaba ha kea utloa. Empa he, haeba o e beile, Ntate, ke tla khoecha, ‘me ke tla ba bonolo hore kahar’a Potso ena ea Mohlomphehi Moshoeshoe ho na le Karoloana ea Bone e buang ka li-fee tsa Ground Fees tsa mono. Na li ntse li pataloa sebakeng seo sa sets’a seo sa Limkokwing.

Joale hape ho feta mona ke utloa eka, Honorable Minister, ehlile ha u re fe ntho e reng, qi, ebile u e qetela joalo kaha eka u tla etsa Thapelo. Ha u re ka ‘nete ke Merero –  ae! Ntate Minister, ha re batle ure ke Merero!

Tumellano ea lona le Limkokwing ke hore ka 2026 ho bonahale lerole le qoba. Ke utloa eka e ts’oanela e cho joalo. Joale ebe le re lona le le Lekala na le na le mechanism kapa structure se tsebang hore se etse push litaba tsena tsa Contract.

Ke leka hore le Tumellano ena ho ‘ne ho bonahale hore e etsoa monitor. Mohlala, na ba se ba entse li-building permit tsa bona le ‘Masepala kapa ba entse process? Ke ho re na lea e ts’oaea ha ntse le kopana li-Meeting? Ke ho re ke se ke ka ba ka bona feela kamor’a hore 2026 e felile, ebe re re taba eane eo esale  u e hlahisa u re e  ne e le Merero with earnest – ke utloa eba bobebe haholo ka ‘nete. Ke ne ke mpa ke re na ha u na mokhoa o mong oo re reng ehlile ke boitlamo ba Lekala hore le re, re lumellane –   ele hore  re tle re tsebe ‘me re utloisise hore taba ena ese e jere batho ba bangata?

Hakere re na le bana sekolo, e leng baithutilehaeba rona ka mona re sitoa ho fana ka li-prediction ke feela hore ba re bonts’e hore we are foresighted in terms of planning? Le taba ea hore na ba bona eka ho tla etsoa joang – ke hore ho ’ne ho uoe joang.

 Ke bona eka eno ea li-contract e tla re fa bothata, ‘me e tla hloka ebe Contract e performance-based. E be ee e re eng ha e hlahlojoa?  Mohlala, ekaba hore ho ne ho lumellanoe hore le itse le tla be le entse ntho e kana ka nako e itseng, moralo o le teng. Okay, le qetile li earth work?Li qala neng –  li eng kaofela. Ke ho re li tsamaee joalo. Uena ebile u e tseba le ho feta ‘n’a taba ena. ’Me ‘na ke ne ke utloa eka le haele mona ho fuoa taba ea hore Assurance Committee e tla tlae tla holim’a Plan that was agreed upon le eona eo re faneng ka eona mona ka ‘nete le hlakile hore ehlile ntho ena re tla e sebetsa tjena le tjena.

 Eleng ho re ha re ntse re kena lipakaneng re se ke ra be re se re tl’o tla re ba le li-surprise. Kea kholoa ke ne ke mpa ke re ke e behe joalo. Empa e kholo-kholo ka uena, Ntate Vice President, ke hore na li-ground rent tsona lia pataloa na? HON. SENATOR N.M. MOTEANE:  Kea leboha, Ntate.  University of Limkokwing e fane ka implementation plan and implementation schedule.  Ke mona moo rona ha re sheba re bonang eka ho latela litiehiso tsena tse ileng tsa ba teng tsa ho bona hore beng ba masimo ba fuoe mats’eliso a bona ka nako – nako ena ea 2026 eona e tl’o re hlola.

Lekala la Thuto mosebetsi oa lona ke ho etsa monitor the implementation.  Mohlomphehi, mohlomong ke be ke hule Karabo eane ea ka e reng, ‘che, kea e bona, empa re sa na le doubt, empa eona e teng.’  Joale ha mantsoe ano a ka a se a hutsoe, Mohlomphehi, we have an implementation plan that shows that in 2028 the campus will be complete.

Ho hlakile hore ho ke ke hoa nepahala hore bana ba sechaba ba siuoe shalabeng, ‘me ho tla tlameha hore lipuisano li nne li tsoele pele tsa hore na ba lula ka mono ka Lerotholi Polytechnic joang.

Bahlanka ba haeso le nna re tla fetisetsa litaba tsena ho Letona, tseo ha ke utloa Motlatsi oa Mookameli eka o re ha o file motho a lutse, ho se na rent eo a e lefang, ka nako e ‘ngoe ha a na lebaka la ho potlaka ho phethisa seo a se ts’episitseng.  The negotiations tsa ho ea pele ke utloa eka ke tla be ke nepa ha ke re Ntlo ena e khothaletsa hore ho lefshoe rent ea ho lula mobung oo ele hore Limkokwing e tle e se ke ea iketla haholo.

 Kea leboha, Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT:  Rea leboha, Letona le Khabane, u bile u le Moetapele oa Ntlo.

 Re leboha Matona a Khabane ka ho araba Lipotso tse neng li botsitsoe ke Litho tse Khabane le ka mamello eo le bileng le eona hore ebe re ekelitse nako ena eo ke lumelang hore ba bang litsoekere kannete li se li phahame, ho tlameha ho se ho khoehlile haholo ka mpeng.

Litho tse Khabane, mosebetsi oa letsatsi o fella hona mona.  Ntlo e tla boela e kopana hosane ka Labone la la 19 Tlhakubele, ha hora ea leshome e fetile ka metsotso e mashome a mararo hoseng (10:30 a.m.).

ADJOURNMENT

There being no further business on the Order Paper, Mr. Vice-President adjourned the House without Question put, pursuant to the Standing Order No. 16 (3).

The House was adjourned accordingly at 13:45 p.m.