KINGDOM OF LESOTHO
PARLIAMENTARY DEBATES
SENATE CHAMBER
DAILY HANSARD
OFFICIAL REPORT OF THE SENATE
FIRST SESSION – ELEVENTH MEETING
ELEVENTH PARLIAMENT
Wednesday, 20th May, 2026
LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG
| 1. Hon. Seeiso B. Seeiso | Principal Chief of Matsieng |
| 2. Hon. Joel A. Motšoene | Principal Chief of Leribe |
| 3. Hon. Sempe Gabasheane Masupha | Principal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan |
| 4. Hon. Mamolapo M. Q Majara | Principal Chief of Ha Majara |
| 5. Hon. Tumane Matela | Principal Chief of Makhoakhoeng |
| 6. Hon. Moeketsi Moletsane II | Principal Chief of Taung |
| 7. Hon. Lerotholi Mathealira Seeiso | Principal Chief of Mokhotlong |
| 8. Hon. Lerotholi L. Seeiso | Principal Chief of Likhoele |
| 9. Hon. Theko D. Bereng | Principal Chief of Phamong |
| 10.Hon. Mojela T. Makhaola | Principal Chief of Qacha’s Nek |
| 11. Hon. Seeiso S. H. Nkuebe | Principal Chief of Quthing |
| 12. Hon. Nthupi A. Bereng | Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote |
| 13.Hon. K.L.K Khoabane Theko | Principal Chief of Thaba-Bosiu |
| 14. Hon. Mitchel S. Maama | Principal Chief of Ha Maama |
| 15. Hon Moholobela M. Moholobela | Principal Chief of Matelile |
| 16. Hon. Bereng G. Seeiso Api | Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake |
| 17. Peete Lesaoana Peete | Principal Chief of Koeneng le Mapoteng |
| 18. Hon. ’Mako T.Mohale | Principal Chief of Tajane, Ha Ramoetsana le Ha Mohale |
| 19. Hon. Khoabane T. Mojela | Principal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso |
| 20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli | Principal Chief of Botha-Bothe |
| 21. Hon. Pontšo S. Mathealira | Principal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere |
| 22. Hon. Qeto Sekonyela | Principal Chief of Malingoaneng |
| 23. Hon. ’Mawinnie Kanetsi | Senator |
| 24. Hon. Lebona Khoaele | Senator |
| 25. Hon. Thabiso Lebese | Senator |
| 26. Hon. ’Maphakiso Lebona | Senator |
| 27. Hon. ’Mabataung Patricia Mokhathali | Senator |
| 28. Hon. Sehloho Henry Monatsi | Senator |
| 29. Hon. ’Makholu Moshoeshoe | Senator |
| 30. Hon. Neo Matjato Moteane | Senator |
| 31. Hon. Seabata Motsamai | Senator |
| 32. Hon. Richard Ramoeletsi | Senator |
| 33. Hon. Limpho Tau | Senator |
PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO
SENATE CHAMBER
Wednesday, 20th May, 2026
The House assembled at 10:30 a.m.
(MR. VICE-PRESIDENT in the Chair)
PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer
ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR
MR. VICE-PRESIDENT: Kea le lumelisa, Litho tse Khabane. Ke le bone le lona, Bahlomphehi Matona a Khabane, ‘me rea le amohela Tulong ea kajeno, e leng letsatsi la Laboraro.
Rea tseba, Litho tse Khabane, hore ho latela Tsamaiso ea Ntlo ena, ha e le Laboraro tjena ke letsatsi leo Litho tse Khabane li bang le monyetla oa ho botsa Lipotso ho Matona a Khabane, ‘me Matona a Khabane a tla araba Lipotso tseno tseo ba li botsoang ka kotloloho, ha tse ling li ea be li tsoa ho sechaba metseng le metsaneng mane moo le phelang teng.
Ba le fa tsona hore: ‘helang, re na le mathata ke ana, re kopa hore le ke le re botsetse ho Bahlomphehi Matona a Khabane a ikarabellang hore ba ke otlolle litaba tsena.’ Letsatsi lena, ke lona lane leo joale ka ha ho ba tjena beke le beke.
Ntle ho mono, Litho tse Khabane, ke na le Litsebiso tse seng ngata. Kea kholoa ka ntle ho Tsebiso eno, eo ke neng ke le hopotsa eona feela, eo le seng le ntse le e tseba, ke tla ba le Litsebiso tse ‘ne, ‘me li latela joana:
- Ea Pele, ke ea hore le tla hopola, Litho tse Khabane, hore Selemong se fetileng sa Lichelete le ile la fuoa Liforomo tse mona tse Phatlalatsang Maruo tse, seng li Ntlafalitsoe (revised) ‘me ho fihlile tlhokomelong ea Setulo hore ho tlatsa Liforomo tseno, ha se mosebetsi o bobebe ho Litho tse ling tse Khabane tsa Ntlo ena kaha ke Liforomo tse batlang li le a bit complicated, tse hlokang tataiso hore Litho tse Khabane li tsebe ho li tlatsa ka nepo kapa ba li utloisise ka botebo e le hore ba tsebe ho li tlatsa ka nepo.
Ke ne ke re ke le tsebise, Litho tse Khabane, hore le tla fuoa Liforomo tseno le hore Tafole ka ts’ebelisano-’moho le Likomiti tsa Ethics Code of Conduct and Amenities li entse tlhophiso ea hore e tle e re ha le se le li fuoe, Bohlanka bane ba DCEO bo tle bo be teng, bo tl’o tla bo le fa tlhaloso, kutloisiso le tataiso ea hore nakong eo le tlatsang Liforomo tseno, le tle le li tlatse ka nepo.
Ke na le tumelo ea hore batho bang bao ebang ba ke ba li tlatse kapa Bahlomphehi bao ebang ha ba ke ba li tlatse, e ee e re ha a qala a e sheba feela a utloe hore ha ho na ntho eo ke ntseng ke e utloa mona. Ntho ena e thata ka mokhoa o makatsang!
Ebe ka lona lebaka leno o etsa qeto ea hore, ache, ha ke ikamahanye le litaba tsena not hobane a sa batle ho phatlalatsa maruo.
Le ‘na ka ‘nete ke batla ho lumela hore ache, ke ee ke bone hore Liforomo tseno, li ngotsoe ka tsela e seng bonolo.
- Tsebiso ea Bobeli, Litho tse Khabane, ke hore kajeno re tla fumana Polelo e mabapi le Ngoliso ea Makoloi ka Letona la rona le Khabane la Lichelete le Meralo ea Nts’etso-Pele, ea seng a ntse a le teng ka koano.
- E hlahlamang ke hore, ha e le hosane teng, ka Labone la 21, Mots’eanong, 2026, re lebelletse hore Letona la Social Development le tla tla ka koana ka Ntlong ho tla tataisa le ho tsamaisa Sets’oants’o sa Molao sa CHILDREN’S PROTECTION AND WELFARE (AMENDMENT), BILL, 2023.
- Tsebiso ea ho qetela ke ea hore hosane, hang ha Ntlo e Phomola, Komiti ea Litletlebo (Petitions Committee) e tla kopana ka mona ka Chamber ho tla ts’ohla Tletlebo ea baahi ba Ha Tsolo.
Litsebiso li ne li le hakana, Litho tse Khabane.
Ke bona eka ekare Ntate Clerk o ne a batla hore re ke re bue pele.
Ke ne le mothating oo, ke reng ke bona eka Litsebiso tsa rona li ne li le hakana kajeno.
Le tla hopola, Litho tse Khabane, ha ke ntse ke etsa Litsebiso koano ke boletse hore re tl’o tla re ba le Polelo ea Ngoliso ea Makoloi ka Letona le Khabane la Lichelete le Meralo ea Nts’etso-Pele.
Ke kopa hore ka ho cho joalo, Letona le Khabane, ke u fe monyetla oa hore u tsoele-pele ka Polelo.
HON. DR. R. MATLANYANE (MINISTER OF FINANCE): Ke u lebohe, Mohlomphehi Vice-President. Ke leboha le sebaka seo u mphang sona, Mohlomphehi, hore ke etse Polelo ena ‘me eona e mabapi le Phatlalatso ea Ngoliso ea Makoloi a kenang Afrika Boroa (Temporary Import Declarations of Motor Vehicles).
Mohlomphehi, kamorao ho Phatlalatso ea Setsi sa Pokello ea Lekhetho sa naha ea Afrika Boroa (SARS), e bonts’ang ha Makoloi ‘ohle a sa ngolisoang naheng ea Afrika Boroa (Foreign Registered Vehicles) a tla lokela ho phatlalatsoa le SARS malibohong, Lekala la Lichelete le Meralo ea Ntlafasto, ka Setsi sa Lesotho sa Lits’ebeletso sa Lekhetho RSL (REVENUE SERVICES LESOTHO), le ile la atamela SARS ho fumana tlhakisetso e tomanyana mabapi le Litaba tsena.
Ke Puisanong ena moo SARS e netefalitseng hore e mathuleng a ho kenya ts’ebetsong Molaoana o tlamang Phatlalatso ea Nakoana, ea thepa e kenang Afrika Boroa ho kenyeletsoa le Makoloi a Ngolisitsoeng ka Ntle ho naha eno.
Ka hona, Sechaba sa Basotho se eletsoa ho ikamahanya le Lipehelo tseo tsa naha ea Afrika Boroa ka ho tlatsa Liforomo tsa Phatlalatso ea Makoloi ha ba ts’elela ka Afrika Boroa.
Mekhoa e sebelisoang ho etsa Phatlalatso, e kenyeletsa ts’ebeliso ea marang-rang kapa ho tlatsa Foromo, ha motho a fihla lelibohong moo, a ka thusoang ke Bahlanka ba SARS.
Ha motho a phethahalitse tsena tsohle, o tla fuoa Polomiti (Import Permit) ke Liofisiri tsa SARS Malibohong e netefatsang Phatlalatso. Polomiti ena e nka Likhoeli tse Ts’eletseng, ‘me bohle ba lokela ho ba le Polomiti ena ho bona ka linako tsohle ha ba le ka Afrika Boroa.
Phethahatso ea Molaoana ona, o tlamang Phatlalatso ea thepa Ena (e leng enforcement), e kena ts’ebetsong ho tloha ka la 01 Phuptjane, 2026, linaheng tsena tsa Southern African Union, ha linaheng tse ling teng e kene ts’ebetsong Lilemong tsa ho feta.
Setsi sa Lesotho sa Lits’ebeletso tsa Lekhetho (RSL), ka ts’ehetso ea SARS se tla ithukhubetsa ka matla ho hlokomelisa sechaba ka litaba tsena. Sena ba tla se phethahatsa kapa ba ntse ba se phethahatsa har’a tse ling, ka ho epa ‘Moka oa bo-Ralitaba ho etela Litsi tsa Khaso, ho sebelisa mabota a marang-rang, joalo-joalo.
Sechaba se eletsoa ke hona ho folofela leraha ka ho qoba ts’ubuhlellano haholo-holo bahoebi le batho ba sebelisang Maliboho khafetsa (frequent travelers).
Ke qetello ea Polelo ena, Mohlomphehi.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane ka Polelo ena ea bohlokoa ruri.
Litho tse Khabane, ho latela Standing Order No. 27(2), le tla ba le Metsotso e Mashome a Mararo hore le botse, Mohlomphehi Letona le Khabane lipotso tse khuts’oanyane, tse hlokang tlhakiso le tlhakisetso Polelong eo le qetang ho e etsa.
Kea bona hore Morena oa ka oa Lioli, o batla hore a hl’a li thakhole.
Ak’u li thakhole, Morena oa ka oa Lioli!
HON. SENATOR S.K. MASUPHA: Kea leboha, Mr. Vice–President.
Ke u lumelise, Litho tse Khabane le Bahlomphehi Matona, a teng kajeno, Tafole le bohle ba teng ka koano.
E-e, kea utloa ka Taba ena, eo ho buuoang ka eona ea Ngoliso ea Makoloi ka mane ka South Africa. Che, ehlile leha ‘na ke ile ka hla ka potlaka ka e etsa.
Taba eo ke leng ho eona ke ena, Mohlomphehi- ke ne ke lebeletse eka ekare ke bone Lipotsong mona, Letona la ka la Mesebetsi e Meholo le Lipalangoang le tla ba teng.
Ho na le taba e ‘ngoe, Mohlomphehi, eo ke lumelang hore [e malebana le taba ena ea Ngoliso ea Makoloi], o cha a ts’ola, Mohlomphehi, ka taba ea Lichelete tsena tse pataloang.
Re na le likoloi tsa rona tsena tseo re filoeng hore re li fe Linomoro tsena sa Senate. Mohlomphehi, Likoloi tsena ha ke il’o e ngolisa ka mane, ke ile ka fumana taba kapa boeletsi ba hore ho bonahala eka ekare ha re e-s’o ka re sebeletsoa hantle hobane Li-Number Plate tsena tsa rona ke ‘nete li teng empa li-disk li sa ntsane li ngoloa ka letsoho.
Kea ipotsa, Mohlomphehi, hore na ha Likoloi tsa Bahlomphehi ka mane ka Ntlong ea Bakhethoa ba Sechaba, tsona li ile tsa lokisetsoa ka mokhoa o nepahetseng, ebe ka mona ka Ntlong ea Senate, re jele eng? Ke hoba kamehla ha re lokeloa ho re re etsetsoe litaba tsena, e ba bothata le separaka se ts’abehang. Re ne re na le linomoro tsa rona Mohlomphehi, tseo re neng re li sebelisa tsa litereke tsa Marena a Sehlooho. che! Ke mpa ke fapohela feela kea qopetsa. Ehlile ke ea hona teng ha ke ntse ke potoloha tjena!
U nts’oarele ha e le mona ke potoloha ke mpa ke re taba ea ka e tsebe hore e hlake. Linomoro tseno tsa rona li bolailoe ke ‘Muso. Ke re o li bolaile hoba ha li eo. Ha li sa le eo, ho s’o thoe re li ngole e le specialized. Joale ke re na ha re ne re lokela hore ebe ke ‘nete hoba pampiri ena ke qetelletse ke fumane boeletsi feela ebile ba hore likoloi tsa rona li shebahalaho sebelisitsoe disc ea likoloi tsena tsa linomoro tse bolailoeng.
Leha e ntse e entsoe registered ka Senate, feela ho bonahala hona le bothata mona. Mohlomphehi.Ebe tabeng ee ekaba joale re tla tsoa joang ho ba ke bone le Marena a mangata a se a bile a li ngalile, a li tlohetse a se a tsamaea ka likoloi tsa ‘ona Mohlomphehi?
MR VICE-PRESIDENT: Ke ne ke re Litho tse Khabane_lula fats’e Morena oa ka. Ke ne ke re Litho tse Khabane, re tle re ’motse holim’a litaba tsena tseo a qetang ho li teka hore re fumane tataiso ea hore na likoloi li il’o ngolisoa joang.
Morena oa ka o bonts’itse hore ekare ba na le linomoro tse itseng, ho na le confusion. Ke ho re ba fumane tataiso hore na ba il’o sebetsa joang, re se ke ra ea ho tse ling. Tse ling re tle re li ise ho Letona le amehang; ha se le le teng. U ka tsoelapele Mohlomphehi Letona le Khabane.
HON. MINISTER DR. R MATLANYANE: Kea leboha Mohlomphehi. Mohlomphehi tsebong ea rona batho bohle ba ntse ba thusoa ho ngolisa Makoloi, ‘me oa nepa Mohlomphehi ha u re tse ling tsa Lipotso tsena mohlomong li ka arajoa hantle ke Letona le ikarabellang litabeng tsa ngoliso ea Makoloi. Hore na linomoro tsena tsa rona tse tala ebe na li etsoa recognize ka nqane.
Ke cho tjena Mohlomphehi hobane Nomoro eo leha re e filoe joalo, re tla hlokomela hore ho na le registration e bitsoang disc, eo eona e leng eona joale e bolelang nomoro ea Koloi. Ke hobane e tsebahalang e le ena e putsoa, ho e-na le ena e tala. Ehlile ha hona litaba tseno. E leng ho re pelaelo ea ka ke hore Nomoro eo e ba recognized ka hare ho naha feela; ke pelaelo.
Ka mane ho ntse ho tla etsoa recognize eane e putsoa e hlahang ho disc mane. Joale ke bonts’itse taba ea hore ho ntse ho sebetsoa. Ha ke tsebe, I am not aware Mohlomphehi of any arrangements tse entsoeng for Ntlo eane e ‘ngoe e tlaase hore Litho tsa Ntlo eo li ka ngolisa ka tsela e potlakileng kapa e bobebe.
Tsebong ea rona, ha hona any special process for VIPs, re ile ra kopa hore ba ke ba e shebe kamoo ka SARS, empa le ha joale re ntse re sa fumane thuso ea hore ho be le special arrangements for VIPs. ‘Me Likoloi li ntse li ngolisoa le ke Litho tsa Ntlo e tlaase ka tsela e normal, e etsoang ke motho e mong le e mong. Ha ke tsebe lehaeba Mohlomphehi ke tsebile ho arabela Setho se Khabane hantle.
Kea leboha.
HON.SENATOR.DR.T. LEBESE: Ke u hlomphe, Ntate Vice-President le Tafole ea hao. Ke hlomphe hape le Honourable Ministers present with us today, Ke le hlomphe Bahlomphehi. Potso ea ka e khuts’oanyane haholo Ntate Vice-President. Ke ne ke re na ‘M’e Minister ebe ke kapele ha kae Mohlomphehi, RSL e tla etsa tokiso e ts’oanang ea hore likoloi tsohle tse sa ngolisoang Lesotho mona, tse hlahang Linaheng tsa SACU katsela e ts’oanang le tsona li tle li ngolisoe ha li kena ka hare ho naha? Ebile li be li lefe lethonyana le haele M100 ho ea ho M200 ebile re li fa tumello ea hore tsona li kene khoeli feela na?
HON.MNISTER.DR.R. MATLANYANE: Kea leboha Mohlomphehi. Mohlomphehi o hlaha ka taba e ncha joale eo mohlomong re ka inahanelang eona bocha. Ha re morerong oa ho etsa joalo Mohlomphehi.
Empa ke rata hore ke hopotse Ntlo e Khabane le uena Mohlomphehi hore lilengoaneng tsa ho feta, re kile ra kena lets’olong le ts’oanang, moo re neng re re ebang ho na le Basotho bao likoloi tsa bona ke hore ba lulang Lesotho mona, el e Basotho, ke hore baahi ba koano] eba Likoloi tsa bona li ngolisitsoe ka koana, ba khutle e le hore li tsebe ho patala Lekhetho ka koano.
Re ile ra e bitsa ke sa re ene bitsoa Operation Mokorotlo. Re kile ra kena lets’olong le joalo. Ntho eo kea kholoa ke reng mohlomong re ntse re ka khutlela moo, empa ha re boemong hona joale ba hore re ka nahana ka hore re patalise. Mohlomong re be re patalise haholoa-nyane ho feta likoloi tseo e ntseng e le tsa hae mona. Mohlomong ke taba eo re ka inahanelang eona empa che! Motho ha u e sheba, u sheba Likamano ea rona le Afrika Boroa le hore na re hlokana hakae, ke taba eo re lokelang hore re e nahane ka botebo haholoa-nyane.
Kea leboha.
HON.SENATOR.M.M. MOSHOESHOE: Kea u hlompha Ntate Vice, ke hlomphe Matona a Khabane le Litho tse Khabane. Ke ema mona ho botsa potso e le ngoe, e khuts’oane. Ke kopa ‘M’e Letona le Khabane le entseng Statement, ka ‘nete se hlakileng hore na ebe u na sa re tlela le link eo re ka kenang ho eona rona re le Bahlomphehi, e le hore re hle re ngolisoe hobane ha ke sheba nako ena eo a e boletseng, e se e le khuts’oane haholo hore ebe joale li se li kene ho System.
Taba e ‘ngoe hape, e le hore re tle re etse hore li kene ho System, a ka ntlhakisetse hore na haeba ke etsa apply eona Import Permit ena joale ke na le likoloi tse ngata, tseo ke ts’elang ka tsona. E leng ho re ke se ke tl’o fumana Permit e le ngoe, e be se ke ke kenya Registration tsa Likoloi tsee kaofela kapa koloi e ‘ngoe le e ‘ngoe e batla Import Permit ea eona na?
Kea leboha
HON. MINISTER. DR. R. MATLANYANE: Kea leboha Mohlomphehi, Mohlomphehi, nka re che ha joalo, Polelong mona re ne re sa kenya taba ena ea link empa re tla etsa hore e tle e fumanehe Mohlomphehi, re tle re le siele eona hobane ba sebelisa System eo ba ileng ba e khakola pelenyana ho tloha ka selemo sa 2022, e bitsoang Travel Management System. Ke lumela re ka tseba ho le etsetsa joalo because it is web based. Re ka tseba hore re fane ka link eno pele re tloha koano. Ena ea hore na koloi e ‘ngoe le e ‘ngoe e joalo_Mohlomphehi ha u na le likoloi tse ngata, ho lokela hore e ‘ngoe le e ‘ngoe e ngolisoe hobane e ikhethile. Ke koloi lehaeba ke ea hao joale li tla ‘ne li hlahe tlas’a your profile kaofela, empa kaofela li ngolisitsoe.
Kea leboha Mohlomphehi.
MR VICE-PRESIDENT: Ache! Ke ntse ke qamaka kaha nako e ne ntse e le teng, ke re ke bone hore na lipotso li teng. Ke bona eka Litho tse Khabane li khotsofetse Mohlomphehi Letona le Khabane. Ke ne ke nahanne hore ba tla botsa hore na tsena tsa ‘Muso tsona li ngolisoa ke mang empa ha ba etsa joalo. Empa hee, e se e sa botsoa hore na tsena tsa ‘Muso tsona li ngolisoa ke mang. Mohlomong, Mohlomphehi Letona u ka re tataisa hore na tsa ‘Muso tsona li ngolisoa ke mang? Tsena tsa rona kea utloa li ngolisoa ke rona.
HON. MINISTER. DR. R. MATLANYANE: Kea lebohaMohlomphehi, likoloi tsa ‘Muso li lokela hore li ngolisoe ke ‘Muso ka li Ofisi tsa rona tsa Transport Officers. Ba lokela ho etsa litokiso tse joalo hore likoloi tsa Mafapha ‘ohle a ‘Muso ebe lia ngolisoa. ‘Me ke lumela hore Mafapheng a mang ehlile mosebetsi o joalo o s’o nts’o tsoelapele. Mohlomphehi empa ebang ba ka hloka tataiso, re ka tseba hore re ba thuse le bona ka kopanelo le Lefapha la ne la Transport.
Kea leboha Mohlomphehi.
MR. VICE-PRESIDENT: Re lebohile haholo Mohlomphehi Letona le Khabane, ke bona eka Litho tse Khabane li khotsofetse ka ‘nete, ‘me re lebohile haholo ka taba eno. Ke hobane esale e le taba e ntse bakile molikoa-likoane tjena. Litho tse Khabane ehlile li batla hore li ke li fumane tlhaloso, ‘me re leboha haholo haele mona u tlile ho tla fa Litho tse Khabane tlhaloso. Ba tla tseba hore joaloka Baetapele ba sechaba, ha ba khutlela sechabeng mane le bona ba il’o tataisa sechaba hore na litaba tsena li lokela hore li ke li sebetsoe joang. Athe, Morena oa ka oa Lioli uena ke utloile litaba tsa hau. Li bohlokoa ‘me ke ne ke kopa hore u tl’u k’u li lokisetse Letona le Khabane la Public Works and Transport.
Tabling of Reports
HON.MIN. R. RAMOELETSI (Minister of Law and Justice): Kea leboha Mohlomphehi Vice-President. Ke kopa feela Mohlomphehi u k’u ntumelle ke mpe ke kope tataiso ho Ntlo le ho uena Mohlomphehi ka li-Report tsena tseo ke tl’o tla ke li etsa tabling letsatsing lena tse peli. Li-Report tsena ke tsa Monamoli, tseo ha ke li sheba a li qetileng ka 31st March 2026, ‘me ho latela Molao oa hae moo a buang ka Remedial Powers….
MR. VICE-PRESIDENT: Timang moo Bahlomphehi le tsebe ho buisana.
Pause
MR. VICE–PRESIDENT: Mohlomphehi Letona le Khabane, ha re tsebe ho re na Tafole e se e ntse e lokisa, feela re ne re lebelletse hore re tsoelepele.
Paused
Honourable Minister, oa re tataisa Ntate hakere?
Litho tse Khabane, ke bona eka ho na le litaba tseo re ts’oanelang ho li shebisana le Minister, ke bona eka bothata bo teng re ke re bo shebisane.
The House was suspended for 10 minutes.
The House resumed
MR. VICE-PRESIDENT: Litho tse Khabane, re ile ra phomotsa Ntlo nako e khuts’oanyane, re bona hore e ka ‘na eaba ho na le moo phephetso e leng teng. Joale ra be re lula fats’e re shebisana litaba tseno hantle, re tle re tsebe ho tla etsa se nepahetseng ha re khutlela ka koano.
Re ne re le litabeng tsena tsa Tabling. Re tsoa lula fats’e ho shebisana litaba tsena. Re fumane ha re shebisana litaba tsena ka botebo, hore re ts’oanela ho fa Mohlomphehi Letona le Khabane monyetla, ho latela mabaka ao a re fileng ‘ona ao re utloileng a utloahala a hore a tle a hule litaba tsena. O tla be a se a hlalosa le mabaka le tle le tsebe ho utloa hore na ke mabaka afeng. Re utloile e le mabaka a utloahalang.
HON. SENATOR R. RAMOELETSI: Kea leboha, Hon. Deputy President. Ke kopa hore Bahlomphehi ba ka, ke etse withdraw Tabling ena ea these two Special Reports, ka Mabaka a latelang:
Ho latela Molao o Tsamaisang Ombudsman, Section 17, o re, ‘The Ombudsman may prepare a Special Report, where at the expiry of the period referred to in Section 75, the recommendation of Ombudsman have not been complied with or sufficiently complied with.’ Ka hona beng ba ka, Ombudsman o etsa Liripoto tse peli, e leng Annual Report, e bonts’ang mosebetsi oa hae hore na o entse investigations tse kae ka selemo. O etsa a Special Report, moo ho nang le moo a hlokang ho etsa investigations tsa hae Makaleng.
Ntlha e ’ngoe ke ho re tsena tse peli ke Special Reports, tse lokelang ho tla ka Ntlong ha Makala kapa Institution e hlotsoe ho phethahatsa recommendations ka nako eo ba e fuoeng. Report tsena tse peli li entsoe ka la 31st March 2026. E ‘ngoe e fuoe 3 months to comply, e ‘ngoe e fuoe 12 months. Kahona beng ba ka ke ne ke kopa hore, ka mabaka ano ke etse withdraw Tabling ea Reports tsena tse peli. Kea leboha beng ba ka.
MR. VICE-PRESIDENT: Litho tse Khabane, re ne re ts’oanela hore re tle re kene litabeng tsa lipotso, empa re na le Mohlomphehi Letona la Bophelo. Mohlomphehi Letona le Khabane la Bophelo, o na le Polelo eo a kopileng hore a tlo e etsa. Re utloa e le Polelo ea bohlokoa haholo e urgent, hobane joaloka Baeta-pele ba sechaba, you need to be aware ka litaba tsa boemo bono tseo a tlo tla a li teka, ke litaba tsa bophelo tse very sensitive and urgent.
HON. S. MPUTI (Minister of Tourism, Sports, Arts and Culture on behalf of Minister of Health): Kea leboha, Mohlomphehi Mookameli oa Ntlo. Lekala la Bophelo le hlaha mona ho fana ka leseli ka seoa sa Hantavirus, le boitlhopho khahlanong le seoa sena. Lefu lena le ile la fumanoa naheng ea boahelani Afrika Boroa, ho batho ba neng ba tsoa leetong la sekepe. Sekepe se ileng sa hahlaula libakeng tse ‘maloa joaloka Argentina, Antarctica, Falkland Islands, South Georgia, Nightingale Ireland le Saint Helena, ho tloha ka la 1 ‘Mesa ho fihlela ka la 13 Mots’eanong, selemong sa 2026.
Litlaleho li supa ha ho fumanoe ba ts’oaelitsoeng ba le 11 lefats’e ka bophara.
Naheng ea boahelani ho netefalitsoe batho ba babeli, le a le mong ea hlokahetseng. Ho latela seoa sena, hona joale sekhahla sa lefu lena ke 27% lekholong. Ha ho e-s’o be le phetisetsano e etsahetseng ho tloha ho motho e mong ho ea ho e mong, e leng human to human transmission.
Mokhoa oa phetiso ea Hantavirus;
Mokhoa oa mantlha oa ts’oaetso ke ha motho a ka ba monyetleng oa ho ba moo litali li leng teng kapa ho ama mosese, mathe kapa mantle a tsona. Har’a lelapa lena la likokoana-hloko la Hantavirus ke eona e ikhethileng ka menyetla e tlaase ea ho ts’oaetsana ho tloha ho motho ho ea ho e mong.
Mats’oao a Hantavirus ho latela litlaleho ka seoa sena sa hona joale, mats’oao e ka ba a bobebe ho isa ho a ka bang kotsi.
Mats’oao a bobebe ke a latelang;
- Motho a ka ameha mats’oafong,
- A hema ka thata ka sekhahla,
- Mocheso o phahameng le
- Ho nyebella, sena se bonahetse haholo ho batho ba leetong.
- A ka lahleheloa ke mokhoa oa boikutlo e leng loss of consciousness.
Mats’oao a boima ke a latelang;
- Ho sitoa ho hema hoo motho a ka hlokang ho thusoa ka machine ea phefumoloho,
- Boemo bo sa tsitsang bo kenyelletsang tsoekere e ka phahamang kapa ho theoha haholo
- Sekhahla se phahameng sa ho shoa (high fatality rate, 27% (3/11)).
Mekhoa ea thibelo le taolo;
- Tlhahlobo ea batho hammoho le thepa e kenang malibohong
- Thuto le tlhokomeliso ho sechaba hammoho le basebetsi ba tsa bophelo ka mats’oao a ka bonahalang e sa le ka nako haholo ha batho ba bileng maetong linaheng tse amehileng,
- Ho boloka bohloeki ka ho hlapa, ho hloekisa matsoho ka sesepa le metsi a hloekileng kapa ts’ebeliso ea senyanyatsi se bolaeang likokoana-hloko
- Koetliso ea basebeletsi ba tsa bophelo ‘moho le bahlanka ba sebetsang malibohong,
- Ho hloaea le ho etsa ts’alo-morao ho batho ba neng ba etetse linaha tse amehileng,
- Ho arolelana ka maemo a morao-rao ho tsoa naheng ea boahelani Lekaleng la Bophelo le Mokhatlong oa Bophelo oa Lefats’e (WHO)
- Ho ba malala-a-laotsoe ho litsi tsa rona tsa tlhahlobo (laboratory preparedness) ka ts’ebeliso ea thepa e teng.
Ha ke phethela, Mokhatlo oa Bophelo oa Lefats’e (WHO) ha ho qala menyetla ea tlhaselo ka lefu lena o bonts’a ha menyetla ea tlhaselo e le tlaase haholo (low risk) leha ho le joalo, ka ha Lesotho le Afrika Boroa ke bahaisane haholo libakeng tse seng li phatlalalitsoe e leng Gauteng le Western Cape, re lokela ho lula re falimehile kaha ho na le batho bao ho netefalitsoeng hore ba na le ts’oaetso leha ba tsoa linaheng tse ling ka ntle ho Afrika Boroa.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha Letona le Khabane.
Ke hlokometse hore u ntse u sebelisa marang-rang ‘me kea ts’epa hore Litho tse Khabane li tla be li se li fumana copy eona eno ka marang-rang.
Ka tsela e ts’oanang, Mohlomphehi Letona la Finance, kea ts’epa hore Litho tse Khabane li tla fumana copies of your statement.
Litho tse Khabane, interms of Standing Order No. 27 (2) le na le metsotso e mashome a mararo (30 minutes) hore le botse Mohlomphehi Letona lipotso tse khuts’oanyane tse hlokang litlhakiso litabeng tsa lefu lena leo ho thoeng ke Hantavirus le hlahlamang Corona Virus.
HON. SENATOR M. M. MOSHOESHOE: Ntate Vice-President, kajeno ke letsatsi la Lipotso ho Matona joale ka ha u ile ua hlalosa.
Ke ne ke se ntse ke na le potso ho Letona le Khabane la Health, ea 122 mabapi le lefu lena la Hantavirus. Joale lipotso tsa ka li teng mono ebile li ‘maloa ha u ka sheba, 122 e na le Roman figures (i)-(vii).
Ke ne ke botsa hore na Letona le Khabane joale le ka li araba honajoale kapa ke emele nako ea Lipotso hobane li ngata? Li-specific to certain areas ha li-general joale o ntse a tlameha hore a kene likarabong tsa potso eno ea 122.
Ha ke tsebe hore na Tsamaiso e tla ntumella joale hore na ha ke se ntse ke na le potso e tl’o arajoa letsatsing lena, na joale ke etse joang?
Ke kope ho nyanyelletsa kapa ke emele nako ela ea eona?
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Ha ke tsebe re tla tataisana mona le Mohlomphehi Letona hobane motho u ne u ka ‘na oa ba le maikutlo a hore kaha u se ntse u na le lipotso, e seng u hle u nyanyelletse ka tsona tsena e le hore re tle re tsebe hore re se ke be ra hlola re ea potsong ea hau hobane ua nyanyeletsa akere holim’a statement seo a se entseng?
Che ha ke tsebe o tla tla a e araba qetellong hobane re tla tloha re mo lobokanya, re fetele ho ba bang.
HON. SENATOR M. MAAMA: Kea leboha Ntate Vice-President.
Ke hlomphile Litho tse Khabane le Matona a Khabane.
Kea kholoa ‘na ke tla botsa litabeng tsa lipolelo tsena tsa Matona ebile ke tla ea ho ea pele e entsoeng ke Letona la Lichelete, ebe ke tla tla ke tl’o kena ho ena ea Letona la Bophelo.
Ntate ke kopa u re thuse hore na ka tloaelo na mohlomong rona e ka ‘na eaba re ea fihla mona.
Lipolelo tsee re li fuoa ka morao ho Puo ea Letona kapa ka ts’oanelo re ts’oanela hore re lI fuoe pele re li bale? Ke bua tjena hobane joale ke ne ke na le lipotso tse ngata ho Letona le Khabane la Lichelete, empa ha ke se ke bona Polelo ena ea hae ke bona hore e na le lipotso tse ngata tseo nka beng ke li botsitse empa tseo ke sa kang ka li ngola.
Joale ke batla ho tseba hore na lipolelo tsee ha li fuoe Litho pele ebe ke hona a tl’o tla a bala Polelo ea hae hobane tse ling hlooho ke motlhotlo haeba re ka li mamela feela joale ebe re fuoa Lipolelo ka morao re tla be re koalletse lipotso tse ngata ka mokhoa o makatsang.
Ke hore hona joale tjena Polelo ena ea Letona la Lichelete ho na le lipotso tsa ka tseo ke neng ke nahana hore ke mo botse tsona ha ke se ke fumana Polelo ena, empa tseo li seng li koalletsoe.
Joale ke ne ke batla re ke re thusane hore na Melao ea Tsamaiso ea Ntlo e reng? E re ke ts’oanelo kapa ehlile ke ntho e tloaelehileng ea hore re fuoe Polelo ka morao hore Matona a Khabane a etse Polelo ea bona na?
Ke ne ke cho Ntate hore Polelong ena ea Letona la Lichelete ke ne ke na le lipotso ho eona esitana le eona ena joale li re hlaha lesumatha. Ke hobaneng Ntlo e ke keng ea re fa Lipolelo tsee ha re se ntse re lutse moo joale re tsebe hore Letona la Bophelo le tl’o tla le etsa Polelo, joale ebe re ntse re ts’oaea moo re batlang ho botsa teng?
Ha a se a qetile mane ke hona re fuoang Polelo ena eo ke reng ‘na ke bona eka ha e na molemo ha e se e le joalo hobane lipotso tseo re ka beng re li botsitse mona ka nako e ‘ngoe ebile li ea koalloa. Kea leboha Mohlomphehi.
MR. VICE-PRESIDENT: Ena ke utloa ekare ha e ee ho Mohlomphehi Letona, potso ena e tla ho ‘na. Che Tafole ea haeso e tla ntataisa empa ha ke hopole ekare re na le li-Standing Order tse bonts’ang hore na ha ho etsoa Lipolelo ka mona likopi li fanoe pele kapa ka morao.
Joale empa kutloisiso ke hore Litho tse Khabane haeba Mohlomphehi Letona o bala Polelo, o bala eona ntho eno ea tl’o tla a re fa eona. Ke ‘nete ho ka ‘na hoa ba le concentration lapses nakong eo motho u ntseng u mametse ka mabaka a fapakaneng, ho ka ‘na hoa ba le disturbance mona le mane ebe joale ho ba le litaba tse ling tse tsoang lipakeng tsa menoana.
Feela joale kutloisiso e ntse e le hore ha u se u ntse u e ts’oere, nakong eo Minister a qalang, e tl’o tla e o etsa disturb habohloko hobane joale u tl’o sitoa ho mamela, u tla be u bala joale eena a ntse a bua.
Joale mohlomong ke taba eo re ka e shebisanang hore na joale re tle re e hlophe ka tsela ea mofuta ofe hore ho etsoe distribute likopi tseno mohlomong pele Mohlomphehi Letona a qala. Feela ke na le pelaelo Bahlomphehi hore li tla le etsa disturb haholo litaba tseno le sitoe ho mamela seo Mohlomphehi a ntseng a se bua.
Ebile motho ea balang a bua o na le hore a tsamaee kapelenyana ho feta uena ea mametseng, empa re tla e hlophisa taba eno le Tafole ea haeso hore na likopi tsena tseo le li fuoang le tle le li fuoe ka nako efe hore le khone hore le tle le botse lipotso.
Kea ts’epa ke e arabile. Ha ke hopole ho na le any specific Standing Order e bonts’ang hore na likopi li fanoe ka nako efe.
HON. SENATOR S. K. MASUPHA: Kea leboha Vice-President.
Ke ne ke re potso ena e botsoang ke Morena oa ka ke se nkile ka e beha mona ‘me ke ntse ke lebelletse karabelo ea eona hobane haeba ha ke fose, ekare e ile ea arabeloa ka tsela ea hore taba ena ke hona e tla ke e shejoe ‘me re tla fuoa ntho e nepahetseng hore na ebe e ka sebetsoa ka tsela efe. Joalekaha a e botsitse joalo, ke se ke ile ka e botsa taba eno Mohlomphehi.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Morena oa ka. Ho’a utloahala hore ha e ncha ke mpa feela ke sa e hopole, empa re tla e shebisana le Tafole ea haeso ka morao ho ts’ebetso ena hore na what is the best way. I think it is still important hore re e shebisane le lona leha re ka ba ra e etsetsa qeto. Re e shebisane le lona hobane as I said ho na le stage seo ha re ka ra fana ka likopi le ka ‘nang la sitoa ho mamela eaba le fetoa ke litaba tse ling. Joale empa re tla e shebisana re tla khutlela ho lona ka eona.
Kea utloa e se e kile ea tla pele joalo ka ha Morena oa ka oa Lioli a bonts’a hore taba ena e se e ile ea hlaha pele eaba ho thoe e tla shejoa. I am making that promise hore re tla e sheba and re tla khutlela ho lona as soon as possible hore na re bona ekare what is the best way to deal with it.
Ke ntse ke qamaka ho bona hore na ho na le lipotso ho Mohlomphehi Letona le Khabane.
HON. SENATOR DR. T. LEBESE: Kea kholoa e ka ba Ntlha ea Tsamaiso feela hle Ntate, ha se potso per say.
Ke ne ke re ha re sheba Standing Order No. 22 ke ‘nete re ne re qalile hantle Ntate Vice-President ka presentation of papers and tabling of reports but ke bona ekare re tla ipakela moreea-reea.
Ke ne ke re u mpe u ikeletse ntate Vice-President le Tafole hore u ee ho next item hobane joale haeba re tla kena Polelong eo Mohlomphehi Letona a buileng ka eona, ho ea ka Standing Order No. 27 lipotso tsena li ngata haholo, Mohlomphehi. Li tlo ferekanya eena Mohlomphehi Letona hobane seo re tl’o se botsa se se se entsoe capture ke potso ea 122 ‘me e ka ba boeletsi bo botle hore re tsoele-pele re ee ho next item, e leng lipotsong.
Mohlomphehi Mofumahali e le mong’a potso a tla be a se a etsa follow up a ipapisitse le tse …
Ke bona eka re tl’o pheta-pheta Ntate Vice-President ha u ntumella, Ntate.
MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha Dr. Lebese.
Hantle-ntle we were supposed to do that ha ho se na lipotso joalekaha li le sieo tjena.
Next item, Mr Clerk.
ORAL ANSWERS TO QUESTIONS HON. SENATOR S. NKUEBE: Ke ema ka Potso ea 116 Mohlomphehi
QUESTION 116: RECONSTRUCTION OF HA MADUNA, MATEBELENG BRIDGE IN QUTHING DISTRICT:
Asked the Minister of Public Works and Transport, if he is aware that the Ha Maduna, Matebeleng bridge in Quthing has been in a state of disrepair, rendering it impossible to motor vehicles, and forcing community members to wade through the river, including ferrying corpses across the river, if so, how soon does the Ministry intend to repair and reconstruct the bridge to restore safe passage of people?
MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Minister of Public Works and Transport, Honourable of Law and Justice.
HON. MINISTER R. RAMOELETSI (Minister of Law and Justice on behalf of Minister of Public Works and Transport): Kea leboha Mohlomphehi Vice-President.
Lekala la heso le hlokometse tšenyeho ea borokho ba Matebeng Ha-Maduna seterekeng sa Quthing. Borokho bona bo tseleng e tlas’a bolisa ba Lekala e bitsoang Maduna Matebeleng ea D2008-01. Lekala le se le ile la ea ho hlahloba borokho bona ekasitana le tsela e eang borokhong kaha le eona e se e senyehile haholo.
Leha ho le joalo, khaho-bocha ea borokho bona ekasitana le nchafatso ea tsela, ha lia kenella lethathamong la marokho le litsela tse abetsoeng lichelete selemong sena. Lekala le tla kenyelletsa tokiso ena selemong se tlang sa lichelete.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Potso e nyanyelletsang ka Morena oa ka oa Liphakoe.
HON. SENATOR S. NKUEBE: Kea leboha Ntate Vice-President, potso e nyanyeletsang ke ea hore na Lekala le hlokometse hore taba ena ea borokho bona ke taba ea lilemo tse ngata tse fetileng? Haeba ke hopola hantle Puso ena e fihla borokho bona bo se bo ntse bo senyehile. Joale haeba ho fetile lilemo tse kaa, re selemong sa boraro ‘Muso ona o le teng. Ele hore Budget e se e baliloe makhetlo a mararo, joale haeba ho thoe ke hona e tla tla e kenyelletsoa selemong se tlang, lilemo tsee kaofela ho ne ho ntse ho etsoa eng?
Kea leboha Ntate.
MR. VICE-PREIDENT: Honourable Minister of Law and Justice.
HON. MINISTER R. RAMOELETSI: Kea leboha Mohlomphehi, ho latela tšenyeho e ileng ea ba teng lilemo tsena tseo re keneng mosebetsing ka tsona lilemo tsena tse tharo, esita le pele ho mono ho bile le sekhahla sena sa climate change seo re boneng joale tšenyeho e ba ngata haholo. ‘Me marokho a mang kapa litsela tse ling li ile tsa nka boemo ba pele hobane joale tse ling li ne li na le tlokotsi e kholo ho feta tse ling. Ka hona beng ba ka tsela e tla kenella selemong se tlang sa lichelete.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa ka oa Linare.
HON. SENATOR J. A. MOTŠOENE: Kea leboha Mohlomphehi, ke mpa ke nyanyeletsa feela hle Mohlomphehi hobane litaba tsena tsa tšenyeho ea marokho le climate change, ke litaba tse ling tse etsahalang naha ka bophara. Empa ke re na Letona le Khabane, ebile ke sa re ke tla bua taba ena ea Mohlomphehi Morena oa ka oa Quthing hobane e le sebaka seo a buileng ka sona. Ke re na Mohlomphehi ha a bone eka e ka ba bohlale kapa boikeletso ha ‘Muso o ka etsa hore ba etse decentralize li-service ele hore litaba tse hlahang ka tšohanyetso, makalana a literekeng mane a tsebe ho ba le katamelo ea litaba tseo e ka reng tsee?
Kapa ba thehe letlole lena leo le se ntse le le teng tlas’a DMA feela, le tla etsa focus ho boemo boo ehlileng re tla bo toba re re haeba ke ba litsela e hle ebe ba litsela na?
MR. VICE-PRESIDENT: Mohlomphehi Letona le Khabane.
MR. VICE-PRESIDENT: Potso ke eona e reng na decentralization kapa mokotla o khethehileng na e ke ke ea ba solution to this problem.
HON. MINISTER R. RAMOELETSI: Kea leboha Mohlomphehi, bonnete decentralization ehlile e ka ba eona pheko ea moshoelella hore Makala mane literekeng ha a filoe chelete e lekaneng ea ho phethahatsa, a ka etsa mosebetsi o motle. Taba ea hore ho thehoe letlole le ka tsebang ho khahlametsa moo likoluoa li bang teng kapele, kahare ho Lekala lena la haeso la litsela hona le hoo re ho bitsang Rapid Response Unit. Eo ha koluoa e hlahile haholo moo joale e khaolang phepelo ea motsamao o moholo, re eeng re bone hore re potlakela moo ho ea thusetsa hore sechaba se tsebe ho feta, ‘me ehlile ke eona taba e teng eno Mohlomphehi.
Ha ele ena ea decentralization le eona e ea hlokahala haholo, haholo hobane e ea hlaha kahar’a Eleventh Amendment, e tla re ha e kena ka mona e tla tseba hore e phethahatse litaba tsena Mohlomphehi oa ka .
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa Liphakoe.
HON. SENATOR S. NKUEBE: Kea leboha Ntate Vice-President, ka ‘nete taba ea Morena oa Linare e qeta ho nkhopotsa taba e ‘ngoe. Ka ‘nete Ntate Vice-President hona le bothata bo boholo boo ke nahanang hore ke tlokotsi e kholo hona sebakeng seo.
Bothata ke hore re na le litopo tse hloloang ho tšela mono. Re na le likoloi tse emeng ka nq’a eane tse hloloang ke ho fetela ka nq’a e ‘ngoe. Ehlile ke bothata bo boholo, ebe Mohlompehhi Letona ka Lekala la hae ba ka se be pelo-mongobo hore ho etsoe hore bonyane mosebetsi o ‘ne o phethahale metseng e ka nq’a eo?
MR. VICE-PRESIDENT: Mohlomphehi Letona le Khabane.
HON. MINISTER R. RAMOELETSI: Kea leboha Mohlomphehi, ke lumela hore re tla romella Bahlanka ba Lekala ba il’o hlahloba bocha hape sebaka sena ho bona hore na ebe ho ka etsoa joang hore bonyane likoloi li tle li fete, sechaba se sebetse ka mokhoa o bobebe. Kea leboha Mohlomphehi.
MR. VICE-PRESIDENT: Ke kopa hore re tle re fetele Potsong e hlahlamang ea Honourable Senator Moshoeshoe. Feela ke ne ke re ke bona kamorao ho Bahlomphehi Matona mane ho sa tlala ka tsela eo ke lebelletseng hore ho tlale ka eona. Haholo ha joale ho tlo araba Matona a tšoereng molepo, a tšoanetse hore a be le support e kholo from the professional staff haholo-holo sebakeng sa lipotso tsa follow-up, tse nyanyelestang. Ha ke tsebe haeba bobeli bono bo mono bo lekane ho thusa Bahlomphehi Matona, Honourable Senator Moshoeshoe.
HON. SENATOR M. MOSHOESHOE: Ntate Vice-President ke ema mona ho botsa Potso ea 117.
Question 117. Upleasant conditions at Mohlomi Hospital
Asked the Minister of Health whether she is aware of the adverse conditions being experienced by patients at Mohlomi Hospital regarding infestations of lice, fleas and scabies. If so, could the Minister inform this Honourable House of the specific measures the Ministry has instituted or intends to institute to curb these conditions and to safeguard the health and dignity of patients at the hospital.
MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Minister of Health.
HON. MINISTER S. MPUTI (On behalf of Minister of Health): Ke kopa ke arabele Potso ena le ho latela Lipotso tse hlahileng ka tlaase ho eona ka likaroloana, ke hle ke e arabele ka ho phethahala.
Haho so be le tlaleho ea mahlatsipa kapa batho ba kopaneng le mahlasipa a lefu la Hanta-Virus ba keneng ka hare ho naha ea Lesotho (Interrupted)
MR. VICE-PRESIDENT: Mohlomphehi Letona le Khabane Potso ke ea 117.
Question 117 Differed
MR. VICE-PRESIDENT: Potso ea 117 e tla checha, ke kopa hore re fetele ho e hlahlamang, Honourable Mokhathali.
HON. SENATOR M. MOKHATHALI: Ke u hlomphe Ntate Vice-President, ke hlomphe le Matona a teng kajeno. Ke ema mona ke ronngoe ke Mohlomphehi Kanetsi hore ke botse Potso ea 118.
Question 118. Feedback on the implementation of Lesotho dual citizenship introduced by Eighth Amendment to the Constitution
Asked the Minister for Home Affairs and Police, if she is aware that the Eighth Amendment to the Constitution in 2018 provided for dual citizenship in Lesotho. If so, what is the current status of its implementation specifically:
- The number of applications received and processed since the Amendment came into force.
- The administrative procedures currently in place to facilitate applications.
- Any challenges encountered in rolling out the Eighth Amendment to the Constitution, including resource or capacity constraints.
- Measures taken to ensure Basotho diaspora are adequately informed and able to access the provision of the Eighth Amendment to the Constitution.
- The anticipated timelines for full operationalization of the Eighth Amendment to the Constitution across all relevant government departments, and also
- Provide the feedback the Ministry has received from Basotho citizens, both domestic and in diaspora, regarding the effectiveness and accessibility of the Act’s implementation.
MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Minister of Home-Affairs and Police, Hon Minister of Law and Justice.
Question 118 Differed
MR. VICE-PRESEDENT: Ke kopa hore re fetele Potsong e hlahlamang, ke ea Honourable Mokhathali
Question 119
MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Minister of Health, Potso ke ea 119
Question 119 Differed
MR. VICE-PRESIDENT: Ke kopa hore re fetele Potsong e hlahlamang ea 122 ea Honourable Senator Moshoeshoe.
HON. SENATOR M. MOSHOESHOE: Ntate Vice-President, pele ke botsa Potso ea ka, ke bona numbering ena eka e ile ea lobokana. Ha re tloha ho 119 re se re kena ho 122, empa leha ho le joalo hono ho ka se nt’sitise ho botsa Potso ea ka. Ke ema mona ho botsa Letona le Khabane la Bophelo Potso ea 122.
Question 122: Preparedness to respond to possible Hanta-Virus Infections.
Asked the Minister for Health if she is aware that South African authorities and the World Health Organization (WHO) have recently confirmed Hanta-Virus – related cases and intensified contact tracing efforts. And if so, can the Minister enlighten the Senate on the following:
- Has the Government of Lesotho allocated emergency funding or contingency resources to support preparedness and rapid response to emerging infectious diseases outbreak;
- How the Ministry has conducted a national risk assessment regarding the possible importation of cases in Lesotho through cross-border travel with Republic of South Africa?
- Whether measures have been undertaken for surveillance at the entry points of the country, and health facilities to detect suspected Hanta-Virus cases early;
- Whether the sensitization have been done which include clinical guidelines or alerts to hospitals, clinics and health workers regarding the identification, diagnosis and management of Hanta-Virus infections;
- Does the Ministry have stocks of personal protective equipment (PPE), ventilators, medicines and emergency medical supplies to respond to a possible outbreak?
- Whether any suspected or confirmed Hanta-Virus cases have been identified in Lesotho to date, and if so, what measures were undertaken to contain possible transmission and
- How does the Ministry plan to periodically update Parliament on the country’s preparedness status regarding emerging infectious diseases and regional public health threats?
MR. VICE-PRESEDENT: Honourable Minister of Health.
HON. MINISTER S. MPUTI (On behalf of Minister of Health): Kea leboha Mohlomphehi, ke tšepa hore ke tlo arabela Potso e nepahetseng hobane haeba ke ena ea Hanta-Virus, ho ‘na mona ke 120. Ke kopa ha ho le joalo ke tsoelepele.
MR. VICE-PRESIDENT: Ke lumela hore ehlile ho joalo Mohlomphehi, ehlile it is supposed to be 120 not 122. E ne e ka ba 122 haeba hona le Lipotso tse ileng tsa arajoa eaba e ea checha, joale ha ke hopole e le Potso eo e ileng ea etsa joalo. Ehlile it is supposed to be 120, tsoelapele Mohlomphehi.
HON. MINISTER S. MPUTI: Kea leboha Mohlmphehi, Karabelo ke hore ha ho e-so be le tlaleho ea mahlatsipa kapa batho ba kopaneng le mahlatsipa a lefu la Hanta-Virus ba keneng kaha’ra naha ea Lesotho.
Lekala la Bophelo le sebelisitse tokomane e hlahlobang maemo a seoa le a tlokotsi e entsoeng ke Mokhatlo oa Lefatše oa (WHO). Ho ea ka tlhahlobo eo, ho fumanehile boemo le menyetla e ka behang naha tlokotsing e le tlaase haholo. Ho latela boemo bo teng South Africa ha joale, batho ba nang le tšoaetso, ke batho ba tsoang ka ntle ho naha ea South Africa.
Bao e neng e le karalo ea batho ba neng ba nkile leeto la boithapollo sekepeng sa NV Honturus, hape ha ho so ho be le lits’oaetso tse fumanoeng ho tloha ho motho e mong ho ea ho e mong ho batho bao e neng e se karalo ea leeto la la boithapollo. Basebeletsi ba tsa bophelo malibohong ba se ba fumane tlhokomeliso ka lefu lena la Hanta-Virus, ‘me ba se ba ntse ba hlahloba batho ba kenang malibohong ba ipapisitse le tataiso eo. Ha ho ka hoa fumaneha batho ba joalo ba nang le matsoao a lefu lena ba tla fitisetsoa litsing tsa bophelo tse khethehileng sebakeng sa kalafo.
‘Muso oa Lesotho ha o s’o behe chelete e khethehileng sebakeng sa ho sebetsana le mafu a ts’ohanyetso kapa ho itukisetsa mafu a ka qhomang ka hare ho likhakanyo tsa Lekala la Bophelo, leha ho le joalo ha ho ka hoa hlaha seoa kapa boemo ba koluoa bo amang sechaba taba eo e nkoa e le bothata ba naha ka bophara bo hlokang karabelo e potlakileng ea ‘Muso. Lekala la Bophelo le fumane tataiso ho tsoa ho (WHO) le Africa CDC ka lefu la Hanta-Virus, ‘me le ile la fetisetsa molaetsa ho litereke ho itukisetsa ho alafa bakuli ba ka fihlang.
Ha joale bakuli ba ka fihlang ba tla fumana kalafo ho latela hore na ba na le ts’oaetso le hore na ba na le mats’oao afe. Leha ho le joalo boitlhopho bo ntse bo tsoela-pele hore thuto ka lefu lena e tle e pharalle litsing tsohle tsa bophelo Lekala le ntsitse polelo ea tlhokomeliso ho sechaba ‘me le se le ntse le tsoela-pele ho fana ka thuto liea-le-moeeng.
Lekala la Bophelo le lutse le na le thepa e ka sebetsang bonyane likhoeli tse ts’eletseng, e bolokuoeng Setsing sa Pokello ea Litlhare, National Drug Services Organisation (NDSO), tse ka sebelisoang nakong ea seoa. Joale ka ha naha ea rona ha e hlahise thepa ea boits’ireletso le meriana, re ka fumana re se na thepa le meriana haeba sekhahla sa seoa se ka phahama haholo.
Lekala la Bophelo le na le Sehlopha sa ts’ebetso moo ho nang le litsebi tse fapakaneng. Le boetse le sebetsa ‘moho le Mokhatlo oa Lefats’e oa Bophelo, o fanang ka lintlha tsa morao-rao [DNOWER-DISEASE OUTBREAK WEEKLY AND EPIDEOMIOLOGICAL RECORD].
Ka Ts’ebelisano-’moho le naha ea Africa Boroa, Lekala le tla lula le fumana tsa morao-rao ka Lefu lena, ’me Lekala le tla fana ka boemo ho Ntlo ena e Khabane ‘moho le Sechaba ho latela Litaba tse ncha ka Lefu lena.
Kea leboha.
HON. SENATOR M.M. MOSHOESHOE: Ntate Vice-President, kea leboha ka ‘nete ka Karabo ena eo ke e fumanang ho Letona le Khabane. Ka ‘nete u li arabile lipotso tsena tsa ka, empa ke ne ke batla clarity. Letona le bonts’itse mona hore Lekala la Bophelo ha le na Emergency Funding eno e Potsong ea Roman numeral 1. Eno e hlakile, ea utloahala but joale ha a ntse a thathamisa o bonts’a hore Screening, ke hore Tlhatlhobo ea batho ba hlahang ka ntle ho naha, ba tla ka mona, e se ntse e tsoela-pele. Ba tla etsoa screening ha ba tsoa linaheng tseno tse belaelloang.
Joale ke re na ebe ke Malibohong ‘ohle a teng kahar’a naha kapa ke Malibohong a maholo feela ao, Tlhatlhobo ee e tlang ho etsoa?
Re na le Maliboho a rona a manyenyane, a kang la haeso koana Makhaleng, a koaloang ka 4:00p.m. Joale batho bana ba tsoang li-mining, ba tsoang Cerese, ba tsoang all over, ba sebelisa maliboho ano. Le koana Tele b’a ts’ela, ha Morena oa ka oa Quthing. Ba ts’ela linokeng ‘me ha ba ts’ela moo hobane ba na le mathata a lipasa, ba ikenela feela ba sa etsoa screening.
Joale Letona le ke le hlalose hore na Malibohong ao a manyenyane, ebe ho tl’o etsahala eng hobane ka ‘nete ha ke e-s’o bone ho etsoa batho screening mono. Ke botsa hape hore na le li-Personal Protective Equipment tsee, tseo Letona le reng li se li le teng lipetlele, ke lipetlele tsohle tse teng tse nang le tsona kapa ke Lipetleleng tsa ‘Muso feela?
Lipetleleng tsa Likereke teng li teng? Ho li-clinic li teng?
Ke lebohile haholo ke utloile Letona le bonts’a ka hore update, Potso eno ea Roman numeral 7, le boletse hore le tla ‘ne le e etse Paramenteng mona, le tla ‘ne le tl’o re fa. Letona le ke le ntlhalosetse feela hore na li-Personal Protective Equipment le Screening tabeng ea cross border li se ntse li sebetsa kappa li kene ts’ebetsong Malibohong ‘ohle kapa ke Malibohong a maholo feela? Le hore na lipetlele tsa ‘Muso kapa li-clinic, Li-Private hospital kapa Li-clinic tsena tseo bafani ba li thehileng metseng mane ebe Screening sea etsoa.
Kea leboha.
HON. S. MPUTI: Kea leboha, Mohlomphehi.
Ke kopa ke arabele potso ea Morena oa ka ka ho re, Litsi tsohle tsa Bophelo ka hare ho naha ea Lesotho, ke tle ke qale ka eo a qeteletseng ka eona.
Litsi tsohle ka hare ho Naha ea Lesotho, li na le thepa e joalo ea li-Personal Protection Equipment. Ke khutlele ho ena ea ho etsa screening malibohong. Ke Malibohong ‘ohle ao, screening se etsoang ho ‘ona.
Morena oa ka o tla etsa appreciate hore re le naha ea Lesotho, ka lebaka la khaello ea Lichelete kapa matsoho, u tla fumana hore ka nako e ‘ngoe ha batho ba feta, bosebeletsi bo joalo bo tla be bo ntse bo shebane le litaba tsa lithepa. Joale empa taba e eeng e etsahale ke ea hore ha ho s’o nts’o ho na le batho ba nang le mats’oao kapa motho ea sa ikutloeng hantle malibohong mona, re na le li-Port–Health Agents, ‘me batho ba joalo ba lekane hore ba be se ba atamela bohlanka bo joalo. Bo teng mono Malibohong.
Bona bo teng empa ka lebaka la bongata, bo ke ke ba etsa screen motho e mong le e mong. Ho etsoa screening ho latela mats’oao a ka bonahalang.
Ke nahaha ke e arabile!
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Ke bona eka Litho tse Khabane ha li sa na lipotso tse nyanyeletsang. If that is the case, taba ena e re fihlisa pheletsong ea Mosebetsi oa kajeno.
Ntlo e tla Phomola ho fihlela hosane ka Labone ka 10:30 a.m.
ADJOURMENT
There being no further Business on the Order Paper, Mr. Vice-President Adjourned the House without Question put, pursuant to the Standing No. 16(3).
The House Adjourned at 12:19p.m. Accordingly, therefore.
