KINGDOM OF LESOTHO
PARLIAMENTARY DEBATES
SENATE CHAMBER
DAILY HANSARD
OFFICIAL REPORT OF THE SENATE
FIRST SESSION – ELEVENTH MEETING
ELEVENTH PARLIAMENT
Tuesday 25th March 2026.
LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG
| 1. Hon. Seeiso B. Seeiso | Principal Chief of Matsieng |
| 2. Hon. Joel A. Motšoene | Principal Chief of Leribe |
| 3. Hon. Sempe Gabasheane Masupha | Principal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan |
| 4.Hon. Mamolapo M. Q Majara | Principal Chief of Ha Majara |
| 5.Hon. Tumane Matela | Principal Chief of Makhoakhoeng |
| 6.Hon. Moeketsi Moletsane II | Principal Chief of Taung |
| 7.Hon. Lerotholi Mathealira Seeiso | Principal Chief of Mokhotlong |
| 8. Hon. Lerotholi L. Seeiso | Principal Chief of Likhoele |
| 9. Hon. Theko D. Bereng | Principal Chief of Phamong |
| 10.Hon. Mojela T. Makhaola | Principal Chief of Qacha’s Nek |
| 11.Hon. Seeiso S. H. Nkuebe | Principal Chief of Quthing |
| 12.Hon. Nthupi A. Bereng | Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote |
| 13.Hon. K.L.K Khoabane Theko | Principal Chief of Thaba-Bosiu |
| 14.Hon. Mitchel S. Maama | Principal Chief of Ha Maama |
| 15.Hon Moholobela M. Moholobela | Principal Chief of Matelile |
| 16.Hon. Bereng G. Seeiso Api | Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake |
| 17. Peete Lesaoana Peete | Principal Chief of Koeneng le Mapoteng |
| 18.Hon. ’Mako T.Mohale | Principal Chief of Tajane, Ha Ramoetsana le Ha Mohale |
| 19. Hon. Khoabane T. Mojela | Principal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso |
| 20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli | Principal Chief of Botha-Bothe |
| 21.Hon. Pontšo S. Mathealira | Principal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere |
| 22.Hon. Qeto Sekonyela | Principal Chief of Malingoaneng |
| 23.Hon.’Mawinnie Kanetsi | Senator |
| 24. Hon. Lebona Khoaele | Senator |
| 25. Hon. Thabiso Lebese | Senator |
| 26. Hon. ‘Maphakiso Lebona | Senator |
| 27. Hon. ’Mabataung Patricia Mokhathali | Senator |
| 28. Hon. Sehloho Henry Monatsi | Senator |
| 29. Hon. ‘Makholu Moshoeshoe | Senator |
| 30. Hon. Neo Matjato Moteane | Senator |
| 31. Hon. Seabata Motsamai | Senator |
| 32. Hon.Richard Ramoeletsi | Senator |
| 33. Hon. Limpho Tau | Senator |
PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO
SENATE CHAMBER
Wednesday, 25th March 2026.
The House assembled at 10:30 a.m
MR. VICE-PRESIDENT (IN THE CHAIR)
PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer
ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR
(There was technical error some few minutes in the middle of the prayer)
MR. VICE-PRESIDENT: Ka taba ena ea Order Paper ho bonahala e fosahetse mona le mane. Ho na le the revised Order Paper e seng e nts’itse tse ling tsa lipotso mona. So o tla le romella Order Paper eno e revised electronically, Litho tse Khabane.
Taba eno e bolela hore kapa that revised Order Paper ha e na potso ea 101, 107 le 108, empa 105 e ntse e le teng. Kea bona hore Mohlomphehi Letona le Khabane o teng ho tla tla e araba.
Ntle ho moo, ho tla ba le e ‘ngoe e urgent e amanang le litaba tsa temo. Ke ne ke re ke otlolle litaba tseo tsa Order Paper e revised.
E re ke fetele litsebisong tse ling, Litho tse Khabane, ha li ngata kajeno.
- Eo ke neng ke rata hore feela ke le hopotse ke hore lea tseba Litho tse Khabane hore re nakong eane ea Likhakanyo tsa Lichelete tsa selemo le selemo ‘me ho latela tsela ea ts’ebetso le tloaelo, ke hore likhakanyo tseo tsa lichelete li lokela hore li fetisoe pele ho li 01 April, eleng khoeli ena e tl’o tla e thoasa bekeng e tlang. Joale li ntse li le ka mane ka Lekhotleng la Sechaba. Ke hore Litho tse Khabane li lule li le malala a laotsoe hobane hang ha Lekhotla la Sechaba le phethela mosebetsi oo, Likhakanyo tseno li tla tla li fetela ka koano hore Litho tse Khabane li tl’o tla li li hlahloba le ho li fetisa.
- Tsebiso ea bobeli ke ea hore hoseng hoa kajeno Litho tse Khabane ka 9.00am Komiti ea bolisa holim’a boitlamo ba ‘Muso e leng Committee on Government Assurance e ile ea ba le Kopano ka Committee room 3, mokatong oa pele. Sepheo se seholo e ne e le ho tla ananela Tlaleho ea Komiti eo e holim’a ketelo ea Komiti Setsing sa Maseru e bohareng, sa Lichankana. Ha ke tsebe hore na ke bona eka ka lebaka la hore Setsi seo ka Senyesemane se bitsoa Maseru Central Correctional Facility, joale le mona moo ho etsoang phetolelo ea Sesotho ho ntse ho leka hore ho buuoe ka taba eno e bohareng, ha ke tsebe hore na ho nepahetse ntate Minister ho bitsa Setsi seno joalo ka Sesotho, haeba ha ke fose eka ‘na eaba kea fosa. ‘Na ke belaela e le Ntlo Kholo ka mono, so ke nahana ena ea hore re tsekelle hore leha re se bitsa ka Sesotho re ‘ne re kenye lentsoe bohareng, Setsi sa Maseru e Bohareng, ke nka eka e se e le ho toloka lentsoe ka lentsoe, athe ka kutloisiso ea ka Setsi seno ke Ntlo Kholo ea Setsi sa Tlhabollo ea Bats’oaruoa.
- Tsebiso ea ho qetela, Litho tse Khabane ke khopotso ea hore College of Chiefs e fumane Memo e tsoang Lekaleng lane la Puso ea Libaka, Borena, Litaba tsa Lehae le Sepolesa moo e tla kopana le Lekala mane Lancer’s Inn ka 11:00am, ka labohlano. Joale ka ha le ile la hlalosetsoa, Litho tse Khabane sepheo sa Kopano eno ea Lekala le College of Chiefs ke ho ea shebisana litaba tsa mafu a etsahalang ka ntle ho Litsi tsa Bophelo ka hare ho naha ka mona, hore na ebe litaba li ka sebetsoa joang.
Rea tseba hore ha mafu a etsahetse mane Litsing tsa Bophelo, eba litlaleho li ba bonolo, empa joale ho na le a mang ao u tla fumana hore ha a etsahalle mono, a etsahalla hae koana kapa libakeng tse ling tseo eseng Litsi tsa Kokelo. Joale ho il’o buisanoa ka litaba tseo, le ho shebisana hore na tsela e nepahetseng ea ho sebetsa litaba tseo le ho li ts’oara ke efe. Ke tsona litsebiso tseo re neng re na le tsona kajeno, Litho tse Khabane.
2. TABLING OF SURBODINATE LAWS:
MR. VICE-PRESIDENT: Mohlomphehi Letona le Khabane, kea tseba hore eka ‘na eaba re u hlahile lesumatha kapa re tla be re u hlaha lesumatha. Kea bona hore u tl’o tla u teka these Regulations.
Ha re na Standing Orders tse re tlamang hore ho be ka tsela eo, ke tlo tla ke bua ka tsona. Joale empa re ile ra lumellana kapa re le Ntlo re ile ra e shebisana hore e ‘ne e re ha ho tekoa Regulations tsena, eke re ka fuoa highlights, not brief highlights tsa the contents of the Regulations, not hore u kene ka har’a Bill empa ho re bolella feela hore na sepheo sa Bill ke sefe le hore na e ts’etse eng joalo-joalo.
HON. SENATOR. J. A. MOTS’OENE (Point of Order): Kea leboha Mohlomphehi Motlatsi oa Madam President.
Ke mpa ke tsieloa hore na ke tla e bitsa Ntlha ea Tsamaiso, ke ne ke mpa ke re feela ke kopa Setulo se ke se mpehe leseling ka taba eo ke ileng ka e teka ka hare ho Ntlo ena matsatsing a ho feta, hore na mohlomong se ka re lokisetsa joang hore taba ee re ke re e sebetse hobane e ka ‘na eaba e shebahala e se taba ho Setulo but ho rona re le Litho ehlile ke taba.
MR. VICE-PRESIDENT: Hei, ha ke tsebe na u bua kang Morena oa ka. Taba efe ke taba? Morena oa ka, u bua kang?
HON. SENATOR. J. A. MOTS’OENE: Taba eo ke buang ka eona Mohlomphehi ke taba eane ea the sitting arrangement e teng ka hare ho Ntlo ka mona, eo mohlomong re neng re hloka hore re tsebe hore na e fetotsoe ke mang, a ipapisitse le eng, hobane joale re bona e re lobokantse haholo ba bang.
Ha ke batle ho buelella ba bang, ‘na e ntobokantse ‘me taba eno Mohlomphehi re ne re itse re kopa re le Litho kaha that sort of a sitting arrangement e entsoe ntle le rona, re ke re tlo tla re utloa hore na haeba ke ka Komiti e e entseng ebe e ne e ipapisitse le eng. Le teng haeba ke Setulo se e entseng, se e entse se ipapisitse le eng ’me mohlomong se ne se e shebile ka leihlo lefe na?
MR. VICE-PRESIDENT: Ache Morena oa ka, taba ena ke ne ke lutse morao mane maobane, ke hopola eka ekare e ile ea e etsetsoa a Ruling, hore taba ena e ile ea isoa ka Komiting e sebetsanang le Boiketlo ba Litho tse Khabane.
Komiti eo e lebeletsoe hore e tle e tlise Tlaleho ka koano, joale ha ke tsebe na che! Molula-Setulo oa Komiti ha a eo, le maobane o ne ntse a le sieo. Che ke utloile hore ekare o na le mabaka, ha ke tsebe na o na hlophile joang le Komiti. Feela ke taba e ka Komiting ‘me re tla lebella hore e tle e re bolelle ha e le ready, e tlise Tlaleho ka koano hobane re ile ra tlaleha ka mona hore Komiti e il’o kopana.
Ke kopa hore u tsoele-pele Mohlomphehi, Letona le Khabane.
HON. R. RAMOELETSI (Minister of Law): Kea leboha, Mohlomphehi.
Ke ema mona ho teka Administration of First Aid and Inheritance Amendment of Schedule Regulation, 2026. Ka taelo ea hau Mohlomphehi, ke kopa ke hlalose hore na Tokomane ena eo re e kopelang hore re e teke ka mona ebe e tlile joang.
Ke mpe ke hlalose hore kamor’a sea-luma se seholo se ileng sa hlaha ho beng ba thepa, maja-lefa, re ile ra bona ho hlokahala hore re ke re hlahlobe li-schedule tsena tse amanang le litefiso tse etsoang ke liakhente le li-assessor ho beng ba thepa.
Re ile ra bona ho hlokahala hore re theole percentage e neng e beiloe ea 19.5% ho thepa ea mong’a lelapa hore e theohele ho 3.5%. Re ile ra bona hape ho hlokahala hore re nyolle hoo re ka reng ke thresh hold ea hore na ke thepa e kae eo e ka isoang ho re e etsoe administer ke bona liakhente hore ba tsebe ho e hlokomela.
Re ile ra nyollela boleng ba thepa eo, hore haeba thepa e le ka holimo ho 1 Million, e ka tseba hore ebe e ka isuoa ho bona. Joale empa ena e ‘ngoe e tle e lokisetsoe ha re se re hlomathisa Molao ona oa Inheritance hobane le oona re ntse re o hlomathisa, ke hona re tla tla re o kenya ka hare ho Ntlo ena Beng ba ka.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane, u ka tsoela pele Ntate.
Administration of Justice and Inheritance (Amendment of Schedules Regulation 2026) shall stand revert to the Legislation Committee for consideration thereof, in terms of or in accordance with Standing order 65(3).
Next Item, Mr Clerk
ORAL ANSWERS TO QUESTIONS:
QUESTION 105. NEED TO ADDRESS POVERTY IN LESOTHO
HONOURABLE SENATOR S.M MAAMA on behalf of Honourable Senator M.T. Mohale “asked the Minister of Gender, Youth and Social Development whether he is aware that there is approximately 49.7% of the population living below the national Poverty line; and if so:
What measures and timelines are in place to uplift the population out of distress especially because a significant portion of the population is multi-dimensionally poor (19.6%) and vulnerable to multi-dimentional poverty (28.6%);
Does the voice of the poor people matter during development of strategies to uplift them out of poverty; and if so, what empirical; evidence can the Minister substantiate his affirmative response that the poor are consulted during the initiatives to uplift them, especially women and children?
MR VICE PRESIDENT: Honourable Minister of Gender, Youth and Social Development.
Pause
HON. MINISTER P. LESAOANA: (MINISTER OF SOCIAL DEVELOPMENT). Kea leboha Mohlomphehi. Ke tla tsoelapele, ekare mohlomong ke tla batla ke utloahala. Ke bonts’e hore Potso ena, e ne e le malebana le tlhokahalo ea mosebetsi le toants’o ea bofuma Lesotho. Ke ne ke batla ho e isa Sesothong joale kea bona hore ke tla tloha ke tsieeleha, ‘me Karabelo e baleha tjena hore Mohlomphehi motlatsi oa Mookameli oa Ntlo:
Ke leboha monyetla ona oa ho hlahisa mehato mabapi le boiteko ba ‘Muso ba ho fokotsa sekhahla se holimo sa bofuma bo ntseng bo ama malapa a mangata naheng ea rona. Leano la National Social Protection Strategy, e leng N.S.P.S.2 lea bonts’a hore boemo ba bofuma bo maemong a holimo haholo moo ho isahalf ea sechaba e anngoeng ke bona. Ke ka lebaka la boemo bona N.S.P.S.2 e behileng mehato ea ts’iretso ea sechaba e tla phethahatsoa ho tloha ka 2021-2031.
Leano lena le latela mokhoa oa bophelo ho netefatsa hore moahi o ts’ehetsoa ho tloha a hlahileho fihleletse boqhekung ba hae ‘me le kenyeletsa mehato ea tsireletso ea thibelo ea litlhekefetso, ea thuto le ho e matlafatsa, ekasitana le taba ea bo-stunting lia kenella mona hore e-ea loants’oa le eona ke Lekala la Bophelo. Ena ea thuto le eona e loants’oa haholo-holo ke Lekala la Thuto le Lekala la haeso, hobane it is a cross cutting issue.
Nka bonts’a feela ka mohlala hore Lekala la Thuto kea tseba hore le se le ntse le fepa bana likolong mane on a fortified foods ele hore bana bonyane ba tsebe ho fumana one meal per day ha ho se hothoe ba hlotsoe. Lekala la Likoluoa le lona le teng mono, ‘me ekasitana la haeso la Temo le teng ho loants’a eona taba ena ea bofuma.
Ke bonts’e, Ntlo e Khabane, hore ho tla ba le a mid-term review ea ts’ebetso ea leano lena ka Loetse, 2026, ‘me re tla tlisa Tlaleho ka koano.
Ha ke ea ka botebo ka Lekala la haeso, re na le mekhahlelo e mengata – joale ka ha re itse ho tloha bongoaneng ho isa boqhekung, ke tla qala pele ke bue ka litaba tsa bana. Ho loants’a taba ena litabeng tsa bana re na le ntho eo re e bitsang Child Grant Programme, ‘me ke moo re fanang ka litsiane ho bana. Litsiane tseno li tla thusa hore ba tsebe ho fumana lijo.
Re ba fa lichelete tse nyollotsoeng ho tloha ho M120 ho isa ho M200 sebakeng sa ngoana a le mong ho isa ho ba babeli ka lapeng. M150 ho isa ho M250 sebakeng sa bana ba bararo ho ea ho ba bane. M200 ho isa ho M350 sssebakeng sa bana ba bahlano le ho feta.
Re bonts’e hore re le Lekala re ntse re elelloa hore taba eno ha e fihlele litlhoko hakaalo, hobane e fihlela only 8% litlhokong tsa mantlha tsa ngoana. Re ntse re sebetsa ka thata re le ‘Muso ho bona hore, joale ka ha re ntse re nyolla tjena, litaba tseno le tsona lia nyolloa ho fihleletse li ka fihlela moo re ka reng bonyane li fihlela leha ho se ho thoe ke 50% ea litlhoko tsa ngoana.
Re boetse re na le NISSA. Mona ke moo re bokellang sesiu sa batho bohle, re bile re bona hore na litlhoko tsa bona li eme joang. As we speak, re ntse re etsa update NISSA eno.
Re boetse re na le Orphans and Vulnerable Children (OVC) Bursary, ‘me mono re fana ka litsiane ho bana ba kenang li-high school ho fihleletse lilemo tsa bana ba 24. Re ile ra e nyolla le eona ho tloha ho bana ba 23,000 ho isa ho palo ea 38,000 ho litsiane tseno tsa hore ba tsebe ho kena sekolo.
Re boetse ho tloha ka 2020 re ile ra ba le a child helpline moo re matlafatsang hore bana ba hlekefetsoang ba tsebe hore ho ka etsoa report, ‘me le bona ba etsa report ele hore re tsebe ho nena taba ea tlhekefetso baneng.
Re na le Amendment Molaong oa Ts’ireletso ea Bana ea 2026 eo ke hopolang hore e ntse e le ka mona ka Ntlong, ‘me kea kholoa e tla phetheloa, re tsebe ho se kenya ts’ebetsong.
Ke qetelle tabeng ena ea bana hore re boetse re matlafatsa bana ba rona ho ba ruta Paramente, ho ba ruta le sona Senate, ba hole ba se ba ntse ba utloisisa. Re na le what we call children’s Parliament e bangselemole selemo moo bana ba tlang e tl’o ba Maparamente a letsatsi leno.
Ha ke fetela ho batho ba nang le bokooa – re na le Disability Equity Act, 2021 e seng e ntse e sebetsa. Re boetse re na le Disability Advisory Council eo re e kentseng ts’ebetsong ka 2024, feela ea hlahisoa sechabeng ka 2025, ‘me hona joale e se ehlile e sebetsa.
Re boetse le hona mono bathong ba nang le bokooa – re na le ntho eo re e bitsang Disability Grant, ‘me e ne e ntse e le M400 ho tloha ha re fihla, empa re se re e nyolletse hore ebe M650 motho ka mong. Re fumane hore ka 2022 ho ne ho fuoa batho ba 324 – ke sa re literekeng tse tharo. Re ile ra eketsa taba eno hore e anele litereke kaofela, ‘me ho fihleletse Selemong sena se felang sa Lichelete, re fa batho ba 2851.
Joale ka ha re boletse Likhakanyong tsa Lichelete tsa Selemo sena, re tl’o e nyolla hore e tsebe ho ba around M4000 e isang ho M5000. Which is more than 200% increase eo re tl’o e etsa selemong sena hore re ‘ne re leke ho eketsa lenane la batho ba nang le bokooa le fumanang litsiane.
Ke morero oa rona hape-hape hore – e le ho etsa address bofuma re tl’o sebeletsa hore ho tloha ho ba seng ba ntse ba fumana chelete ka marang-rang, re tle re bone hore selemong sena ba tla qalella hore ba li fumane khoeli le khoeli, hobane litsiane tsena ba ne ba ntse ba li fumana ka quarter, ‘me ntho eno e hlokofatsa batho haholo.
Re tl’o qala ka ho ba nang le marang-rang, re ‘ne re ise le ba bang ho marang-rang. Morero oa rona ke ho re selemo sena se fele batho bohle bano ba fumanang chelete eno ba e fumana khoeli le khoeli.
Ha ke fetela ho bacha, re tla hopola, Bahlomphehi, hore Mohlomphehi Tona-Kholo o ile a bua ka bacha ba 62,271 ba tl’o fumana mesebetsi. Palong eno ha re bua tjena re se re na le bacha ba 36,347 e leng 58% ea palo eno e neng e boletsoe ke Mohlomphehi Tona-Kholo e seng e fumane mesebetsi.
Mesebetsi ena sechaba se batla se sa e bone hakaalo-kaalo hobane ke bona eka kutloisiso e ne e le hore ha ho ne ho thoe 62,000 ke ho bolela hore ho tla fumanoa ho na le bahiruoa ba ‘Muso ba palo e kaalo ba bacha, athe hase leano la ‘Muso leno la ho nyolla khiro ea bahiruoa ba ‘Muso.
Leano la ‘Muso ke ho re re sebeletse hore naha ena e be matsohong a bahoebi, e leng what we call the private sector, ‘me boholo ba batho bano ehlile re sebelitse re le ‘Muso – boholo ba bona ba litsing tsa khoebo. Kea kholoa about 16,000 ea bona ba lifemeng le likhoebong tse ling.
Che, le moo ho hlokahalang ‘Musong ba ntse ba le teng, hobane re na le maano a likhoebo tse nkang bacha ha ba sa ntse ba tsoa sekolong, re ba kenya mono. Re na le e ileng ea tloaeleha haholo ka hore ke lihala-hala – ba ntse ba kenngoa mono.
We are at around 36,347 ba seng ba fumane mesebetsi. (Che, ke kopa ho kenngoe 10% error factor mono, kaha the number is correct empa ele hore ka lebaka la lifemeng mane, ha ho bonolo haholo hore u be exact hantle ka hore na motho enoa ke mocha kapa ese e le ‘m’e, joale e na le hore e tlise error eno ea hore na bacha hantle strictly ba bakae, but it is not more than 10% of the number.)
Re boetse re na le lenaneo la Sebabatso, Bahlomphehi, le ileng la qaptjoa ke Tona-Kholo, moo ehlileng re koetlisetsang bacha ho theha likhoebo. Re se re na le success stories (ke bona hore ha lia ngoloa), feela re se re na le tsona tse kholo haholo, hobane re na le bacha ba seng ba atlehile ho hira bacha ba bang. Ke tseba ba bang ba seng ba na le likhoebo tsa bona, bao khoebo e seng e ka hira batho ba ka bang 14. Ke sa re the highest eo ke e tsebang ke e hirileng about 20 youth, esale a e bula. Ha u ea ho annual turnover, re se re na le ba bang who are netting over a million Maloti, e le annual turnover ea bona, ‘me ba tsoa hona Sebabatsong mono.
Ke maoba, ke ne ke na le Mohlomphehi Mokhethi Shelile Isuzu mane ha mocha e mong oa Sebabatso a ne a fuoa chelete e kaalo ka M6,000 e le a grant from Isuzu hore a e’o ithusa ho haha ntlo ea hae ea likhoho. O se a ntse a na le tsona likhoho tseno, ‘me ke eona ntho e ileng ea khahla Isuzu ea hore ha e mo qale qalong, e fumana a se a ntse a le pele, eaba e mo fa chelete eno hore a e’o ntlafatsa khoebo eno ea hae. Likatleho tse kang eno ke ka lebaka la Sebabatso.
Re boetse re le Lekala re na le programme e bitsoang Pathways to Sustainable Livelihood Programme (PSLP), ‘me ka hare ho eona e na le project e bitsoang EIP eo bacha ba ka bang 4,000 ba lebeletsoeng hore ba tl’o fumana li-grant tse tl’o ba ruta likhoebo.
Re qala pele ka hore re ba rute mokhoa oa khoebo, ha re qeta ho etsa joalo, re ba ruta ho ngola business plan, ha ba qeta ho ngola business plan – we evaluate them, ebe tse pasitseng ke tsona tseo re li fang grant, ebe re li sala morao.
(Ke ne ke kopile ba haeso hore ba nthuse hore na hana re se re na le success rate e kae hona tjena. Ke sa re ke 2000 mang-mang – ke kopa ba ‘nelehetse mokhoa oa hore ke tle ke tsebe ho araba taba eno). But there is about 10% or ba kaholimo-limo…
Bacha bana re ba qala ka ntho e kang M5,000 ka mor’a hore re ba rute, ‘me ke hona where the power is, ea ho ba ruta taba ena ea business plan, tsela ea hore na khoebo e tsamaisoa joang. Re ba fa chelete e nyenyane haholo, eo ha u ne u ka ba fa eona feela joalo, kannete e ne e le chelete ea weekend feela, ea ho iketsetsa party, ‘Mantaha ebe e felile.
Morena oa ka oa Sehlooho oa Ha Maama ke bona a ts’eha! Ke hobane bacha ba hae mane ba about a thousand ba kene morerong ono, ba il’o e fumana – joale o se a ntse a ts’eha taba ea hore ba e’o etsa party.
Ha re ba fe eona feela chelete eno, empa re ba ruta mokhoa oa khoebo haholo. Re ba fa M5,400 – feela ka chelete eno re se re na le bacha ba holisitseng chelete eno ka revenue to over M90,000, re na le ba e holisitseng to over M60,000; M50,000, joalo-joalo. The programme ke bone e le success e kholo haholo.
Bacha hore re ba etse empower haholo ba hloka National Youth Council, ‘me ke sello sa bona sa nako e telele haholo. Hore ba tsebe ho fumana National Youth Council ho hlokahala the Youth Development Bill e fete.
This Bill has more than a year e entsoe submit ka mane ka Ntlong ea Bakhethoa. Joale ka ha le tseba, Bahlomphehi, re tlameha ho ema ho fihlela Komiti e fane ka Tlaleho on the Bill, hore re ka tseba ho tsoela pele ka eona. Ke hona e tla tseba ho fetela ka mona ka Senateng ka mona.
Taba e se e le eona eno ea hore ha National Assembly e qetile ho sebetsa Bill eno e fane ka Report, re tsebe ho tsoela pele ka eona. Rona re le Lekala kannete re se re na le ntho e fetang selemo le likhoeli re e qetile Bill eo, re fane ka eona ka Ntlong ea Bakhethoa, hore Bill e tsebe hore e fe bacha seo ba se batlang, e leng the National Youth Council.
Potso e ne e botsitse hape taba ea lilemo tsa mosebetsi, e leng the working age. Ho na le merero ea boikhollo bofumeng, e leng development projects tseo re li etsang ka har’a naha ka mona. We have about 152 litereke kaofela.
Ke kopa ke khutlele ho eane ea PSLP. Ke ne ke bonts’itse re tl’o ba le bacha ba 4,000, ‘me hona joale re se re na le 1234 e seng e le engaged. Ke hona mane moo ke re’ng the success stories tsane tsa ba seng ba na le turnover ea M90,000 from M5,000, eo re e fumaneng in less than a year – hase ntho e nkileng selemo hore ebe ba holisitse chelete eno eo ba e fuoeng. Kea kholoa it is a million to percent growth, I don’t know! Hona joale re ntse re leka ho etsa engage another 2,000.
E ne e le moo ke reng re na le development projects tse around 152 ka har’a naha ka mona, ‘me re tl’o ba le tse ling selemong sena. Re se re utloile sello haholo sa sechaba ka batho ba between 60 and 70 years, bao ho bonahalang ho na le gap e kholo eo ho se nang letho le buuoang ka eona. Ha re e-s’o e etse policy, empa re tla fihla moo re tla e etsa policy.
Selemong sena ka har’a li-project tseno tsa development projects re tl’o batla ho etsa pilot a few tseo re ka ‘nang ra li etsa dedicate ho batho ba lilemo li 60 to 70 or maybe in that group haeba ke company kapa ba ikopantse, at least 60 to 70% of them e be e le batho ba lilemo li 60 to 70, re tle re bone hore na e tla re sebeletsa joang, pele re ka e etsetsa policy ea hore ba se ba hlile ba fuoa from mono.
Re tla e qala ka pilot pele, feela re leka ho araba taba ena ea hore batho ba lilemo li lipakeng tsa 60 ho isa ho ba lilemo li 70 ehlile ha esale ka lilemo-lemo ha ho na motho ea re’ng letho ka bona.
Ke bue ka batho ba holileng – e leng old age. Batho ba holileng re tla hopola, Bahlomphehi, ba qala ho tloha lilemong tse mashome a supileng.
Ke bone hore le ka Ntlong e ka Katlase ho na le khang ea hore na re e kenya ts’ebetsong joang. Ka kutloisiso ea rona – ‘me kutloisisong eno ea ronaha ho na moo re re’ng – ke ka mokhoa oo bo-Ramolao ba rona ba re hlalosetsang eona kateng. Ka kutloisiso ea rona Molao ono o re motho o fumana litsiane ho tloha ha a se a le registered.
Ke bone phapano lipakeng tsa hore batho ba lumela hore ba amohela litsiane ho tloha ha a le lilemo li mashome a supileng. Ha re hlalosetsoa Molao ho thoe o fumana litsiane ha a le lilemo tse mashome a supileng, joale a le registered.
Ke ka hona re le Lekala re seng re hlile re e lokisitse taba ea hore – ‘me re tl’o e etsa ehlile e le a written policy, hobane re ne re ntse re e etsa feela – hore ha motho a fihletse lilemo tse mashome a supileng (70), bonyane re ipehele hore in three months motho e mong le e mong ea lilemo tse kaalo, from re qalile ho sebetsa litaba tsa hae, in three months a be a fumane litsiane tsa hae.
Neng-neng, pele-pele, hobane u ne u tla fumana hore e ka ‘na eaba o se a nkile selemo, re ile ra ‘na ra e fokotsa ho fihlela ehlile – e se e le ka ngope-se-ts’oha u ka fumanang hore in three months motho ha a fumana litsiane tsa hae. Re fa bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba 83,640 litsiane tseno.
Bahlomphehi, e kholo-kholo ke ho re, re na le bothata ba hore re le sechaba, re na le ho senya ka nako e ‘ngoe lintho tse ntle tse teng. Ho na le batho ba batlang ho fumana Chelete eno e sa ba lokele ‘me joale re tlameha ho ema ka matla ho thibela taba eo. Ke ka hona re etsang lintho tse kang proof of life eo ka nako e ‘ngoe re e beng re ‘ne re etse liphoso, I would admit hore re fumane re hlokofalitse bo-nkhono joale re ba nts’itse lenaneng moo re ntseng re leka ho lelekisa hore re fumane batho ba nepahetseng. Taba eno re tla e lokisa hore e tle e etsahale ka mokhoa o nepahetseng.
Re na le Molao oa Tlhokomelo ea bo-Nkhono le bo-Ntate-moholo oa 2026 o seng o qalile ho ngoloa ‘me le ‘ona o tla tla o fihla Matlong ana a Paramente.
Potso ena e ne e le telele haholo. Ntlha ea bots’elela ke mehato ea boikarabello nakong tsa likoluoa. Lesotho le angoa ha bonolo ke komello, keketseho ea litheko tsa mafura, mafu a seoa le likoluoa tsa boemo ba leholimo. NSPS/2 e kenyelletsa phano ea litsiane tsa chelete nakong tsa likoluoa tsena ho thusa hore malapa a fumane lijo e le hore a se ke a tetebela haholo.
Ka 2023, ke malapa a 5 800 a SGP a ileng a fuoa chelete e eketsehileng ho e tloahelehileng e le relief fund ka lebaka la ntoa ea Russia le Ukraine.
Ntlha ea bobeli, na lentsoe la sechaba le aheloa lesaka? Mohlomphehi, na leano la NSPS/2 ke litholoana tsa kopanelo ea sechaba? Citizens and client satisfaction survey ea 2020 e ile ea fana ka lintlha tsa bohlokoa sebakeng sa ntlafatso ea maano le mananeho. Lekala le tla tsoela-pele ho batla ts’ehetso ea lichelete sebakeng sa liphuputso tse latelang:
Nts’etso-pele ea NSPS/2 e ne e kenyelletsa mekhatlo e sebetsang le bana, batho ba holileng le batho ba nang le bokooa. Lehoja batho ba futsanehileng ba sa tlo lula ba na le monyetla oa ho ba teng lipuisanong tsa maemo a holimo, mantsoe a bona a ea bokelloa ka lipitso tsa sechaba, ka ts’ebelisano le mekhatlo ea sechaba e emelang lihlopha tse futsanehileng kapa tse tlokotsing.
Ke kopa ke qetelle ka hore, Bahlomphehi, ho sa natsoe tsoelo-pele e fihletsoeng ho ntse ho e-na le litlhoko tse kholo tse tla bonts’oa ha leano le qeta ho hlahlojoa ‘me li kenyelletsa ho matlafatsa mehato ea thibelo ea bofuma haholo-holo sebakeng sa basebetsi ba sa hiroang permanently kaha ba se na pensions le tlhokahalo ea health insurance kahare ho naha.
Lichelete tsa mat’seliso li ‘nyane, ho fana ka litlhoko tsa mantlha le ho loants’a bofuma.
Mehato ea phepo ea bana e hloka ho atolosoa ho fihlela basali ba bakhachane le ba anyesang haholo-holo hare-hare maloting kahare ho naha ea Lesotho.
Mehato ea ho ntlafatsa bophelo kapa ho iphelisa, ho kenyelletsa li-productive grants e hloka ho eketsoa.
Mohlomphehi, ‘Muso o itlama ka botlalo ho tsoela-pele ho phahamisa, ho matlafatsa sechaba sa rona hore se tsoe bofumeng ho ea bophelong bo nang le seriti.
Ke mpe ke qetele feela ka hore, Bahlomphehi, ke ka mokhoa oo re itlamang ka teng re le Lekala la Gender, Youth and Social Development. Mosebetsi oa rona o batla o le moholo ‘me o akaretsa sechaba kaofela ebile o le haholo-holo ka maloting.
Re lekile hore re be le lintho tse re li bitsang li-Auxiliary Social Workers, tseo li leng teng kahare ho li-Council. Re tlo matlafatsa batho bano, re tlo bona hore rea ba eketsa e le hore re tle re fihlele moo e tlang hore motho ha a hloka tse ling tsa lits’ebeletso tsa rona bonyane the longest distance eo a e tsamaeang e be ho tloha moo a lulang teng ho ea Council ea hae.
Re ithutile hore kaha batho bao re ba sebeletsang ke bo-nkhono le bo-ntate moholo, ke batho ba nang le bokooa, ehlile taba ea hore o tla tlameha hore a ee liofising tsa litereke tse litoropong kapa a batle ofising ea setereke e kholo Maseru mona e batla e le boima. Ka hona, re tlo tla ntlafatsa liofisi tseno tsa rona hore lits’ebeletso li tle li tsebe ho fihlela ho bona ba le metseng.
Mohlomong re ka ba ‘na ra itlatselletsa, re tla bona, re tla bua le lona, Marena a ka ka liofisi tsa lona tsa sehlooho metseng ea habo rona hore feela re ‘ne re tsebe ho atametsa hore batho ba se ke ba tsamaea haholo ha ba ea mesebetsing.
Ka ‘nete kea leboha.
(Liatla)
HON. SENATOR R.P.L. PEETE: Kea leboha, Ntate Vice–President, kea u hlompha, Ntate, ke hlompha Tafole, Bahlomphehi Matona le Litho tse Khabane.
Potso ea ka e nyanyeletsang, Ntate, ke hore ke utloa Mohlomphehi Letona a araba litaba ka mokhoa o hlakileng haholo, hoo ke bonang e le Letona le nang le chebelo-pele.
Ke mpa ke re feela moo ke utloang ke sa utloe chebelo-pele ke mona moo ho thoeng ho ntse ho hiroa bacha ba private sector kapa ba leka ho etsetsoa mokhoa oa boipheliso ka ho fuoa li-M5 000, joalo-joalo, e le mokhoa oa hore motho a iqalle business.
Ke batla hore nke ke utloe feela hore na bacha baa u ba nka kae? Kapa u ba nka Ha Maama hobane ke bone le ts’eha le Morena oa Ha Maama joalokaha e ka taba ena le e tseba le le babeli? Bacha baa ba tsoa Ha Maama feela hobane haeso Mats’ekheng ha u e-so re ke u fe leha e le a le mong. Kapa u sebetsa le Mak’hanselara kapa u sebetsa le mang ka bacha bao? Khato eno eona ke e ntle haholo, ke ne ke mpa ke re u tlo mphetise mono feela, Ntate.
Ea bobeli ke hore, re na le batho ba baholo ba phelang below poverty margin joalokaha mong’a Potso a supa.
Ua tseba, Ntate Minister, ho na le batho bao hona joale joalokaha re le linakong tsee tsa lipula tsee, tse tjee, u fumane hore motho enoa, ntlo ena ea hae ea makoete, e se e le motho e moholo oa nkhono kapa ntate-moholo, le mahlong ha a sa bona kapa le litsebeng ha a sa utloa, re ka ‘na ra mofumana a oetsoe ke ntlo ena, a hlokahatse ka mona. Na Lekala la heno bathong ba joalo le na le ts’ehetso eo le e etsang kapa ke batho ba disaster feela ba thusoang?
Batho ba disaster ke nka hore ke bao mohlomong likhohola li lihileng matlo a bona. Ke batla hore re bue ka motho eo re reng the hazard is imminent e ka ‘na eare hosane ha re tsoha ra fumana motho enoa a hlokahetse kapa ntlo ea hae e oele. Na batho ba joalo ha re ba tlaleha ofising ea hau, Ntate, ebe letsoho la hau lea nanabela?
Kea leboha.
HON. P. LESAOANA: Kea leboha, Mohlomphehi.
Potsong ea Morena oa ka ea pele, karabo ke hore bacha bana kapa sechaba ka kakaretso hobane li-programme tse ling tsa rona ha li nke bacha feela. Re leka ka matla ‘ohle ho bona hore re nanabetsa hohle.
Ke etse mohlala ebile e ntse e tlo tla e tsoela-pele hape. Kea kholoa re selemong sa boraro re etsa Programme ena ea Sebabatso. Re e qala ka hore ho tloha ha selemo sa lichelete se qala kea kholoa ho fihlela September, re potoloha Lesotho lena kaofela re batlana le bacha bana ka lintho tseo re li bitsang li-road show.
Setereke se seng le se seng rea fihla. Bonyane seterekeng rea fihla, che, Morena oa ka, nka ‘na ka bona hore selemong sena seterekeng sa Berea re tla fihla ho uena feela, re fihla seterekeng se seng le se seng, ‘me seterekeng mono re batla bacha bohle ba setereke hore ba atamele hore ba tle re tlo ba bolella ka litaba tsa Sebabatso.
Ha ngata u tla fumana re na le ntho e bitsoang CAFI. Ha re tsamaea mono re tsamaea le bona hore re tsebe ho bokella bacha bana ba tsebe ho kena.
Ena ea Economic Inclusion Programme e sebetsa ka li-Council Morena oa ka! ‘Me ho etsoa mapping e be ho shejoa li-Council tseno. Hona joale re ntse re sebetsa Council ea Tosing, Thaba Mokhele, Metsi-Maholo, Phuthiatsana, Bolahla, Mphokojoane, Manonyane, Likila, Denezulu le Nts’upe.
Morena oa ka, li-Council tsena ha u ka li sheba kaofela re lekile hore bonyane literekeng tsena kaofela, setereke se seng le se seng se fihleloe.
Council ea Roma ke ea Manonyane feela, Tosing e Quthing. Re lekile hore setereke se seng le se seng se fihleloe bonyane ka Council e le ‘ngoe. Re mpa re se na lipheo tse lekaneng. Ha lipheo li ne li le teng ehlile morero oa rona ke hore re fihlele hohle.
Programme eane eo re e bitsitseng Community Development Projects e sebetsa ka ho fihlela batho bohle literekeng tsohle ‘me u tla fumana hore setereke se seng le se seng se na le li-project tseo re nang le tsona.
So, ka ‘nete, Morena oa ka, ehlile re leka ka hohle ho nanabetsa hohle moo re tlamehang hore re fihle Lesotho lena kaofela.
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi Letona. Ke lokela hore ke hlalose, Mohlomphehi Letona le Khabane, hore ke hlokometse hore Bohlanka ba heno bo teng ‘me bo ntse bo u thusa. Taba eno e nthabisa haholo.
Ke taba eo ke lulang ke bua ka eona ka mona, kamehla hore ha Bahlomphehi Matona a Khabane ba le ka mona Bohlanka bo le teng ho tla ba thusa ka the final details tsa Lipotso tseo ba li botsoang hore ba tsebe ho fana ka likarabo tse more detailed.
HON. SENATOR S.K. MASUPHA: Kea leboha, Mr. Vice–President. Ke hlompha Matona a ka le bohle ba teng kahar’a Ntlo ena.
Ke lakatsa hore, Mohlomphehi Letona la ka le ke le ntlhakisetse. Ke mpe ke qale ka hore tlhaloso ea hae ka ‘nete e hlakile ebile e ea bonahala hore ke motho ea latellang litaba. Ke tlatsa taba ena ea Morena oa ka oa Mats’ekha feela ke mpa ke kopa tlhakiso ka taba ena e telele eo a qetang ho e etsa.
‘Na ke qotsitse mono moo u buileng ka bacha bana bao ho thoeng ba fuoa li M5 000. Ke ne ke rata hore Mohlomphehi a ke a hlakise hore na le bona baa ba oelang tlas’a mokhatlo oa kereke e K’hatholiki?
Ke mpe ke tsoele-pele hape ke re ke utloile eka batho bana ke bona ba hlileng ba fuoang li-M5 000 ke ne ke re na ehlile ke bona na?
Ke mpe ke qetelle taba ea ka ke e sarolle ke se ke ka ‘na ka ema ha ngata, Mohlomphehi, ke re ke hlokometse, Mohlomphehi hore batho bano u oa nepa ha u re ba na le lilemo tse tharo ba fuoa chelete ena.
Ka mokhahlelo oa pele, batho bana ba fuoang li-M5 000 tsena ha ho ea ka hoa e-ba le ts’alo morao ‘me batho bana ba ile ba itjella chelete eno. Na Mohlomphehi u hlokometse hore chelete ee e ile ea sebelisoa hampe? Moralo oo u o entseng hona joale oa hore chelete ee ea sechaba e sebelisoe hantle e be o teng? Na u filoe tlaleho ea hore ho na le batho ba jeleng chelete eo hobane sebakeng sa ka ba teng?
Ntlha ea ho qetela, Mohlomphehi, ke ea hore na malebana le bona bacha bana ba fuoang chelete, na ho na le tsela e nepahetseng e nkoang ea hore ho khethoe batho ba hlokang kapa ho fuoa motho e mong le e mong oa mocha ea teng kahare ho sebaka?
Ke cho tjena hobane ke ne ke ile ka utloa ha nyenyane hore ekare batho ba ntseng ba fuoa chelete ke batho ba its’okolang empa ke fumane hore sebakeng sa ka ha ho joalo. Batho ba ntseng ba khona ke bona ba fuoeng chelete ha ba hlokang ba siuoe ka ntle.
Ka hona Mohlomphehi, ke ne ke rata hore ke utloe hore na uena, u le Letona le ikarabellang tabeng ena e be na u hlokometse taba ee, Mohlomphehi, ho latela tlhaloso eo u e entseng?
Ke qotsa litaba tsa hau, Mohlomphehi.
Kea leboha.
HON. P. LESAOANA: Kea leboha, Morena oa ka.
E-e, che, ke ee ke bone hore li-Programme tsa ‘Muso ka nako e ‘ngoe li na le hore li palamane joale li tloha e ba ha re bone hore na e feng ke e feng.
Ka ‘nete ho ea rona re le Social Development, e leng ena ea Economic Inclusion Programme ho uena, Morena oa ka, ke Phuthiatsana, ‘me e sebetsa hantle haholo. Kea tseba hore ho ee ho ‘ne ho be le tsa bo-WFP (World Food Programme) tse fanang ka chelete. Ho na le nako e ‘ngoe eo ho kileng hoa thoe ho fanoa ka chelete WINAEO joale ka nako e ‘ngoe li-programme tsena li na le hore li ts’irane e be ha re bone hantle na e feng ke e feng.
Ea rona ea Economic Inclusion Project ho uena Morena oa ka ke ea Phuthiatsana ‘me e sebetsa hantle haholo, nka fana ka litlaleho tsa eona.
Taba e ‘ngoe eo u ileng oa e botsa ke ea likereke. Ke e hlalose hore ha se hore ke ea likereke ‘me taba eno ke ile ka bona hore e batlile e etsa pherekano. Ekare ho thoe ho fuoa Mak’hatholiki feela athe a-e! Ho fuoa sechaba sa Basotho.
Se etsahetseng ke hore World Bank ke partner ea rona, Project e tlameha hore e be rona re le ‘Muso re be le implementing partner. So, implementing partner lot one (1) a ileng a win ke CRS. Ha e eaba a winner ka lebaka la kereke. Ke winner ka lebaka la organization eno ea bona. O ne a ntse a etsa compete le ba bang eaba o oa ba hlola. Ka lebaka la hobane ke CRS ho se ho thoe ke kereke e K’hatholiki! Ae, ka ‘nete, ke CRS e hlotseng.
Ho lot two (2) winner ke World Vision ‘me ke eona e tlo tla e sebetsa litaba tseno, feela ho fuoa sechaba ka kakaretso, Morena oa ka.
Kea leboha.
HON. SENATOR DR. T. LEBESE: Kea leboha, Ntate Vice–President. Ke u hlomphe, Ntate le Tafole ea hau, Honourable Ministers present here, Bahlomphehi.
Ntate Vice-President, taba ea ka e khuts’oanyane feela, hle Ntate. Ke ea Old Age Pension. Nakong ea ho feta ho ne ho ntse ho lokisoa sesiu sa Old Age Beneficiaries, eaba le fumana palo-hare e kaalo ka 4 000, Ntate Minister, mohlomong le ho feta mona hanyane.
Honourable Minister, Old Age Pension na e na le li-arrears?
Taba e etsahalang ke ena, Ntate Minister, ha ba ile ba ea mono ka letsatsi leno leo ba tla le bolela eaba ba fumana maqheku le maqhekoana a mang a le sieo, bano ba tlotsoeng ba se ba tlotsoe, Ntate Minister. Re na le li-case tse ngata haholo. Ha ba sa e fumana ba se ba tla e fumana khoeling e hlahlamang, haeba ba tla e fumana.
Ha re etse mohlala feela hore le ile la kopanya khoeli ea leshome le metso e ‘meli le khoeli ea pele. Ho na le ba bang ba sa e fumanang hona mono, ka mabaka a mang a mangata. Re fetela khoeling ena ea bobeli, ho ntse ho e-na le ba bang ba sa e fumanang. Re khoeling ena ea boraro, ke hlokomelisitsoe mona hore, kea kholoa ena ea khoeli ea boraro e kene ka li 17 tsa eona khoeli ena eo re leng ho eona.
Ho na le e fetelang pele Ntate Minister e le li-arrears ha li –beneficiary li sa fumana teke ee kapa e ea oelella?
MR. VICE-PRESIDENT: Na pension ea maqheku e na le li-arrear Mohlomphehi Letona le Khabane? Ke potso ea Dr. Lebese.
HON. P. LESAOANA: Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Motsamaisi oa Ntlo.
Kea kholoa o e qalile ho eane ea 4 000. Eno ea 4 000 e ne e le ha re etsa pilot taba ena ea proof of life. We must admit re le Lekala hore ha ea ka ea tsamaea hantle haholo ‘me re ile ra ba ra e emisa. Ke mokhoa ona re emisitseng proof of life.
Re ntse re itokisa hore e tlo tsamaea hantle hobane u ke ke oa tlosa batho ba 4 000 eaba around 50% ea bona u ne u fositse eaba u ntse u tsoela-pele ka approach e ts’oanang. Haeba u ile oa tlosa 4 000 e nang le letho feela 2 000 of them e le batho ba nepahetseng.
That turn around e ka ba boima haholo ho sechaba ke ka hona re e emisitseng hore re tlo e lokisa bonyane error ea rona e se ke eaba kholo haholo. So, mono teng re tlameha ho amohela hore ehlile ha e ea ka ea tsamaea hantle feela re ba khutliselitse kaofela.
Taba ea li-arrear…
HON. SENATOR DR T. LEBESE: Old age pension na ena le li-arrears? Taba e etsahalang ke ena Ntate Minister ha ba ile ba ea mono ka letsatsi leno leo ba tla le bolela eaba ba fumana maqheku le maqhekoana a mang a le sieo.
Bane ba tlotsoeng ba se ba tlotsoe Ntate Minister, re na le li-case tse ngata haholo kaha ha ba e fumana ba se ba tla e fumana khoeling e hlahlamang haeba ba tla e fumana. Ha re etse mohlala feela ka hore le ile la kopanya khoeli ea December le khoeli ea January. Ho na le ba bang ba sa e fumanang hona mono ka mabaka a
Joale ra fetela khoeling ena ea February ho se ho ntse ho na le ba bang ba sa e fumanang re khoeling ena ea March ke hlokomelisitsoe mona hore ena ea khoeli ea March e kene ka li 17th March 2026. Hona le e fetelang pele Ntate Minister e le li-arrears ha beneficiary li sa fumana chelete ee kapa li ea oelella?
Mr. Vice-President: Na pension ea maqheku e na le li-arrears Mohlomphehi Letona le Khabane ke potso ea Dr. Lebese.
HON. MINISTER P. LESAOANA: Kea leboha Mohlomphehi Motsamaisi ebile kea kholoa o e qalile ho eane ea 4000. Eane ea 4000 ha re etsa pilot taba ena ea proof of life we must admit re le Lekala ha e ea ka ea tsamaea hantle haholo ‘me re ile ra ba ra e emisa. Ke mokhoa ona re emisitseng proof of life, re ntse re lokisa hore e tlo tsamaea hantle hobane o ke ke oa tlosa batho ba 4000 ebe around 50% ea bona o n’o fositse eaba u nts’o tsoela-pele ka approach e ts’oanang. Haeba u ile oa tlosa 4000, 2000 of them e le batho ba nepahetseng that turn around e ka ba boima haholo ho sechaba.
Ke mokhoa ona re emisitseng hore re tlo e lokisa bonyane error ea rona e se ka ba kholo haholo. So mono teng re tlameha ho amohela ehlile ha e ka ea tsamaea hantle feela re ba khutliselitse kaofela taba ea li arrear tsa old age pension. Motho e mong le mong o tlameha ho fumana chelete ea hae ea khoeli le khoeli.
Ha a sa e fumane khoeling ena empa e le system feela. System ea rona because re tlameha ho ba etsa clean Home Affairs ha sa e fumana khoeling ena o tla tlola khoeli e le ‘ngoe ebe o tla e fumana khoeli eane e na le ea khoeli ena. Ke mokhoa ona khoeling e ‘ngoe a tla fumana a se a fumana double hobane joale re sitoa hore the following month hobane rea be se re entse run a system.
Ke kopa ke hlalose system ena hanye-nyane re tle re utloisiseng around 10 or so for this month e tlang re etsa run a system, re hlahloba ba seng ba hlokahetse, re hlahloba ba entse’ng, so ntho eno re e romella Home Affairs e tla re bonts’a batho ba hlokahetseng e fihle e ba nts’e ha e se e hloekisitse, system e hana hore o ka kenya kapa o ka nts’a because e ne e ka ba dangerous hobane joale ho tla kenyoa kamorao hore e khutle ebe chelete e ntse e nyamela.
Ha e se e hloekisitsoe e se e le fixed for that month so akere oa utloa Dr. Lebese haeba u n’o tlo khola ka February re entse run system ea January, ka February uena u no tlo khola, unfortunately haeba u sa lata chelete ea hau in that February, re etsa run ha u ntse u tlameha ho khola, re etsa run for March so ha u oa khola ke hona re bonang re se re entse run payroll ea March joale ha u na tseba ho kena ka March hore u tlo khola hobane ke hona re tlo tseba ha re se re u patala mohlomong re u patala li 20.
Khale re entse run ea March. Ke mokhoa ona ho tla tlola March u tla il’o pataloa ka April. U tla tla u hlaha hape ho system ea April. To answer the question, li-arrears li tla tlameha ho pataloa ‘me ha ho na motho ea tlamehang ebe khoeli ea hae ha e pataloe ‘me ke se ntse ke etsa boipiletso ka ‘nete Bahlomphehi Marena a ka ha le fumana taba tse kang tseno ka’nete tsona le ka etsa contact me directly.
Hobane haeba ho na le moo bolotsana bo ntseng bo etsoa, sechabeng sa rona, re tlameha ho bo hlaha ka mahlakore ‘ohle kaofela ho bona hore rea bo tlosa.
Ha ho na motho ea tlamehang hore ebe ha pataloe ho thoe chelete ea hae e oelelletse. Ha ho na chelete e tlamehang ho oelella. Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Kea hlokomela hore Morena Joel o tsoile joale ke bone o na le potso empa hee ha e le mona a tsoile re tla mo feta. Litho tse Khabane ke ne ke ile ka hlalosa hore re na le revised Order Paper eo ke ileng ka kopa hore le e romelloe ka marang-rang ‘me Potso e mono ke ea Hon. Senator Motsamai.
Question No. 114: Suspension of intake of Farmers milk at Lesotho Dairy Products(LDP)Company
Hon. Senator S. Motsamai:
Asked the Minister of Agriculture and Food Security the following questions regarding the suspension of intake of farmers’ milk at the Lesotho Dairy Products (LDP) company from 20th to 31st March 2026:
- Is the Minister aware that Lesotho Dairy Products Company has suspended intake of milk from farmers from the 20th to 31st March 2026 due to cleaning of bulk milk tanks at the dairy company
- If so, how will the Ministry account for diseases that will emanate from the unregulated sale of non-pasteurized milk sold at farmers’ gates
- Which interventions will the Ministry undertake to assist farmers during this period
- Has the Ministry discussed the matter with the Lesotho Products Company, Lesotho National Dairy Board and farmers?
- What are the Ministry’s long-term plans to grow the industry especially ‘‘processors, producers and regulators along the value chain.”
HON.SENATOR T. MOFOSI (MINISTER OF AGRICULTURE): Kea leboha Mohlomphehi ke hlomphe Madam President, Vice-President, Litho tse Khabane tsa Ntlo ea Senate bo-‘M’e le bo-Ntate. Ke ne ke re Mohlomphehi ke ema ke araba potso e malebana le ho koaloa nakoana hoa Lesotho Dairy Product. Litaba tsa potso li ne li eme ka sebopeho se latelang Mohlomphehi kea kholoa ke ne ke re ke tle ke hlokomelise mona Mohlomphehi ke ‘nete ho bile le ho koaloa nakoana ho qalileng ka la 20th Tlhakubele 2026 hoa LDP Mohlomphehi ho koaloa hona ke tle ke hlokomelise Ntlo e Khabane hore Lekala la heso le etse hloko litaba tsena.
Ka bokhuts’oane ke hore taba ena e entsoe ka moelelo oa hore ho ntlafatsoe kapa hona ho hloekisa litaba tsa rona tsa ts’ebeliso ea lebese hona lefapheng le joalo. Ke tle ke bonts’e mona Mohlomphehi hore boikarabello ba Lekala la heso ka’nete ho latela ngongoreho eo re e hlokometseng eona ena e mpehileng kapele ho Ntlo ena e Khabane hore na hobaneng ha re koala sebaka se joalo. Sebaka se joalo se ne se se se na le nako e telele haholo Mohlomphehi oa ka ho sa etsoe taba e mona eo re buang ka eona ea bohloekisi kapa service ea machine e sebetsanang le litaba tsa tlhoekiso ea litanka tsa lebese sebakeng se joalo.
Mosebetsi ona ka kotloloho Lekala la heso le ne le ntse le o lisitse hantle ‘me e ne e le hona hore re bone hore mosebetsi o joalo oa etsoa kaha o n’o o ka qetella o tlisa litholoana tse seng ntle ka hore setsi sa rona ebe se fetisetsa lijo tsena ho baji e leng sechaba sa rona li se na bohloeki.
Litaba tsena e ‘ngoe ea potso ke hore na re ile ra sebetsa joang le mafapha a amehang sebakeng se joalo hore ebe re entse litaba tsena ‘moho hore mafapha ‘ohle a utloisise. Ke ne ke re Mohlomphehi oa ka re tle re hlokomele hore ka bokhuts’oane LDP e sebetsa haholo literekeng tsena tse ka mabalane, ke tle ke bonts’e mona ka kotloloho hore litaba tsa rona tsa lebese li sebetsa naha ka kakaretso e leng hore le literekeng tsane tse ka maloting tse theko le Maseru re ntse re tsoela-pele ho rekisa lebese.
Ke tle ke bonts’e mona Mohlomphehi hore lihoai tsa rona re le Lekala boikarabello ba rona ke hore re bone hore ba hlahisa ebile ba fetisetsa sehlahisoa sena sa rona se lebese ho lihoai se nepahetse.
Ke ema mona ho tiisa hore ka mafapha ana a boletsoeng ao eleng matsoho a Lekala ho sebetsa mmoho e leng LDP, LNDB le mekhatlo ea lihoai. Lihoai tsa rona li rupetsoe ka mokhoa oa ho ts’oara lebese ka hlokolosi le hona ho baballa hore le fihla ho baji ka tsela e lokelehang, e leng ka tsela e nepahetseng e le hore sehlahisoa se joalo se tle se be tlhokomelong e tiileng ea hore ha se kulise batho e ka ba mafu kapa bona bohloeki ehlile lihoai tsa heso li rupetsoe hore li tsebe ho etsa mosebetsi o joalo ka thello.
Ke ne ke re Mohlomphehi oa ka ke tle ke bonts’e mona hore mafapha ‘ohle ana ao ke buileng ka ‘ona ho kenyeletsa le mekhatlo ea lihoai a ile a hlokomelisoa ka taba ena ‘me hoa ba hoa lumellanoa, joale ke ne ke re Mohlomphehi joalokaha ke se ke boletse bohlokolosi le bohlokoa ba ho re, re lokela ho hloekisa setsi se joalo hore re tle re qetelle re fana ka lits’ebeletso tse hloekileng ho sechaba e leng lebese la rona.
Ke be ke bonts’e hape hore setsi sena sa rona se ne se se se le makhatheng ao joale se seng se tla re ha se hlahlojoa se fumanoe hore ha se na tokelo ea hore se fane ka lebese ho baji.
Ke ne ke re Mohlomphehi oa ka ke tle ke atamele hape ntlha e ‘ngoe eneng e butsitsoe hore na chebelo pele ea rona re le Lekala ke efeng ho ts’ebeletso kapa khoebo ena ea rona ea lebese. Ke tle ke bonts’e mona Mohlomphehi hore Lekala la heso le ntse le leka ka matla kapa ehlile moralo o teng oa nako e telele joalokaha ho boletsoe ke ho tla ntlafatsa haholo LDP e le hore re tle re tsebe ho ba le mafapha a ‘maloa re be le le leng hape le kenellang e le hore bohlahlobi ba litaba tsa rona tsa bohloeki le lebese re tle re se ke ra sebetsa ka lefapha le leng feela taba e joalo e teng moralong oa rona.
Ke tle ke re Mohlomphehi oa ka ke hlaise ntlha e ‘ngoe hape re tlo sebetsa ka thata maanong a rona ao re lokisitseng hore re tlo ntlafatsa lihoai hape tsa liphoofolo tsona tsena tse hlahisang lebese le tlhokomelo ea tsona e le hore rea hlokomela kea kholoa hona joale re se re na le litaba tse ngata tsa mafu a bakoang ke maemo a pheto-phetoho ea leholimo a teng joale re tlo tla re etsa ka matla hore re bone hore lihoai tsa rona lia rupeloa hore li be le kutloisiso ea hore na re lokela ho etsa change litaba tsa rona ka sebopeho sefeng re ntse re arabela eona tlhoko eo re bonang e le teng.
Ho be le maano ao ehlileng a thusang khoebo ena ea rona hore e hole kea kholoa ha ke etsa mohlala ke hore re ntse re sebetsa le litsi tse ‘maloa kahare ho naha ka mona ho kenyelletsa le University ea rona hore re bone hore li-dairy product tsa rona kahare ho naha ena li ba ‘maloa e le hore lihlahisoa tse hlahisoang ke lebese re tle re bone li pharalla ebile li hlahisoa ke sechaba sa rona ‘moho le bahoebi ba rona ba sebetsang ka litaba tsena tsa lebese le ‘maraka oa rona re tle re etse bonnete ba hore likhoebo tsa rona tse kang mabenkele a rona a kahare ho naha re etsa bonnete ba hore lihlaisoa tsena tsa rona li kena habonolo mono kaha re entse meoloane e nepahetseng sebakeng sa hore khoebo ea rona e tle e tsamaee ha bobebe.
Ke tiisa mona hore taba e kholo e hlileng re etsang mono Mohlomphehi e tla tla e bonahala ka uena hore na hantle re ne re lebisitse kae hobane re ne se re bile re na le lebese leo tokiso e ne se bile e entsoe ebile e se ntse e sebetsa eo re reng re leka hore litaba tsa rona tsa naha re its’ematlele re le naha.
Lebese la rona ho ne ho se hona le karolo e ‘ngoe e eang Afrika Boroa e il’o lokisetsoa li-product tse hlahisoang ke lebese ‘moho le lebese la mafi le tse ling. Re leka ho lokisa hona joale Mohlomphehi hore re etse bonnete ba hore joale ketane ena ea rona ea khoebo ea litaba tsa rona tsa lebese e tihela hona kahare ho naha ka mona le ho hlahisa mesebetsi.
Kea kholoa ha ke buile hakana Mohlomphehi oa ka e tle mpebe ke li behile ha ke buile hakana ke tle mpe ke re ke tla tataisoa ke lipotso. Ke nahana hore ke behile litaba tsa ka ka mokhoa oo lipotso li neng li beuoe ka teng kea leboha.
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ke lebohe Ntate Vice, Tafole, Hon. Ministers le Litho tse Khabane.
Ke ne ke etsa nyenyeletso mona ka hore ‘moko-taba oo potso ena e neng e le ho oona e ‘ngoe e ne e le ea hore na moo ebang ho hlaha mafu a tsoaloang ke taba ea lebese le sa hlophisetsehang for consumption na li-tla-morao tseo Ntate Minister na le bona eka le tla li jara joang moo ebang li hlaha li le joalo? Ke mpe ke hlahe hape moo Hon. Minister a hlalosang hore ho fanoe ka likoetliso ho lihoai tsa lebese ho re na ba ts’oare lebese joang empa moo ke hlahang teng ke hore milk hygiene regulations of 1999 o bala le regulations 2024 na le khona joang eona ntho eo o e buang ke hore lebese le ke ke la fetela ho moji le sa hlophisoa le sa etsoa pasteurize kapa la hlophuoa la etsoa mohlomong processing e fetang eno.
Le khona joang ho over 100 farmers tse nts’ang lebese at their gates hore le tsebe ho bona hore na ba ntse ba sa nts’e lebese le tlohang khomong ehlile le fetela ho moji ebe e se e le lona le rekisoang le e bona joang?
Taba eo u e buang Ntate ha e against the regulation No.24 ha u re fela le ile la ba fa likoetliso se ntse ba le teng ba fana ka mabese feela molao o hanela o re seka rekisa lebese le sa kang la etsoa certified hore le e ntsoe pasteurize ebile hape-hape ho na le temana e ‘ngoe e reng lihlahisoeng tsena tsa lebese o se ke oa thetsoa ke hore ho ngotsoe hore content ea lebese ke bokana lebese lena le entsoe pasteurized, lebese lena le ile la kena milk tank la etsoa joang ho thoe u se ke oa thetsoa ka lintho tseno. Na ba latela regulations ee Ntate ka nako ela ea matsatsi ho tloha li 20th ho isa li 31st how do you ensure hore lebese lee le nepahetse?
Ea ho qetela nyenyeletsong ena ka ‘nete u bua taba ea bohlokoa Ntate. Ke nahanne hore e ne e ka ba u n’o tla re fa eona hore na ha u re ho na le nako eo tlhahiso ea Lesotho ka processor ena a neng a le nka le leba Afrika Boroa ebe lea khutla le kena li-supermarket tsa rona le mabenkeleng a rona which is… e napahetseng ke efe? Na nakong ee le koetseng ka eona Ntate ho ne ho se na mokhoa oa hore ho tloha Botha-Bothe moo LDP e ntse e nka lebese teng ho ea likela Mafeteng ebe truck e se ntse e nepahetse e fihla e ntse e nka li collection centre e se bile e ntse e ts’ela e khutla ha moo ho ntse ho lokisoa ho na le hore re tlo ipeha kotsing ea hore ha re tsebe li-tla-morao tsa matsatsi a tla beng re na le ‘ona na?
HON. MINISTER T. MOFOSI: Kea leboha Mohlomphehi ke…
MR VICE-PRESIDENT: Lula fats’e Morena oa ka, lula fats’e. U ka tsoela-pele Mohlomphehi Letona le Khabane.
HON. MINISTER T. MOFOSI: Kea leboha Mohlomphehi ke ne ke re ke tle ke qale ka ho araba ena ea ho qetela e bohlokoa. Ke ne ke re Mohlomphehi ka lebaka la hore ke tle ke bonts’e mona ho Setho se Khabane hore re bile le nako e telele eo ho neng ho bonahala litaba tsa rona tsa tsamaiso ea litaba tsa lebese li se li na le bothata le ka hore ebe re liehile le ho ba le Board e tsamaisang setsi seno.
E le hore litaba tsa teng li tsamaee hantle. Ke ne ke re litaba tsena tseo a buang ka tsona tsa ho isa lebese Afrika Boroa ebile e le taba ea bohlokoa ke tseo ke reng re sitiloe ho li fihlela ha bobebe ka lebaka la hore likamano le ts’ebetso e ne e se e bonahala e le teng lipakeng tsa route eo re neng re ntse re e nka. Ho ne ho bonahala ehlile li se li se ntle ho na le litaba tse ngata kahare ho litaba tseno tse kenyeletsang litaba tsa lichelete tseo ho neng ho bonahala joale ho se bile ho thoe Naha e ea li kolota ha lebese le ts’eletse ka nqane, makhetho a neng a ama naha ena.
Ke batla ho etsa mohlala ka hore naha ea Lesotho ho na le lijo kapa tse amang… e re ke hle ke ee hona ka kotloloho litabeng tsa lebese moo ho nang le lebese le sa patalisoeng lekhetho joale u fumane hore ha le ts’eletse ka nqane ho ba le taba eno ea hore joale ho tlo kolotisoa li-company tsena tsa rona kapa ‘Muso kapa lefapha le isitseng thepa ena ka nqane, ‘me ho na le taba e joalo lipakeng mona eo re ntseng re sebetsa ka Board e ncha hore joale ho na le likoloto tse seng li bonts’oa hore mona ho ea kolotoa.
Ha se chelete tse bobebe haholo, ke ne ke re ntse re e sheba ka lebaka la hore re sa tsoa beha Board haufinyane, ‘me taba ena joalo ka ha ke cho, ke re Setsi sena se ne se le lekhatheng la ho koaloa. Ke hobane se sitoa le ho bale polokelo ea lebese feela. Ke hore hona moo re ntseng re lokisa teng, ho ne ho se ho bonahala litaba li se li le maemong a sele. ‘Me ha ke bua ka har’a litaba tsa hae, moo a reng na re netefatsa joang hore lebese le fetela ho baji le nepahetse?
Ke ne ke leka ho bonts’a feela hore mekhoa eo re ntseng re e sebelisa, e leng ena e ntseng e sebetsa libakeng tse ling, e leng tsena tsa litereke tse sa tliseng lebese mona, re ntse re lumela hore ka Lithupelo tse entsoeng le bolisa ba Lekala ka Bosupisi libakeng tse joalo, ho ntse ho sebeletseha hantle hoba ha re e-s’o be le mathata a bonts’ang hore na Lithupelo tseo ba li filoeng, na li bonahala li fana ka bothata ba hore re re lebese le fetela ho baji.
Tlhokomelong ea rona e ne le e le hore taba ena ke ea nakoana, kea kholoa ha ke tla potsong eo Mohlomphehi e mong ea buileng ka eona ke kopa ho hopotsoa, ka Li-Regulation? Ke kopa ka tumello ea hao, hore u k’o e etse polish.
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Taba ea ka e ne e le hore ka uena Ntate Vice-President, Tafole esita le Matona a Khabane le Litho te Khabane, ke eona ena ea hore mona moo a ntseng a re o koetlisitse na oa hlokomela hore o khahlanong le Regulation 2024 e hlahang ka hara Milk Hygiene Regulation 1999, hobane eona e re hanela ho re re rekise lebese lihekeng, joale e mpa hona joale lihoai tsena li ngata, lebese leo li le qhalang ekanna ea ba li tla le qhala kapa ntho eo li tl’o e etsa li tla le rekisa li-5rand le sa nepahala, e leng ntho e hananang le Regulation No.24, na Minister o ema moo, a re re tsoelepele, Regulation 24 re e tlole? Ke eona ntho eo ke e bolelang.
HON. T. MOFOSI: Ke kopa nako e nyane feela ke fumane taba ena.
Kea leboha Mohlomphehi, mona thuso eo ke e fumanang ke ea hore mekhoa e ntseng e sebelisoa, eona eo ea khale ehlile e ntse oela haholo tlhokomelong ea lebese. E leng ho re re, re ke re shebe taba e joalo, ho re na re tla e etsetsa tlhatlhobo, re ‘ne re e shebe hore na mosebetsi o ntse o ea joang. Feela ena e oela kahar’a Meoloane, ea hore ba rutuoe hore ha ba fetisetsa lebese ho baji, e be le tla be le hlokomelehile ka tsela eo ke buileng ka eona ea Lithupelo.
E leng ho re hona joale haeba re re, le hlile le ntse le sebetsa ka tsela eo nako eohle literekeng tse ling li sebetsang joalo, ke lumela hore re tla e hlaloba ena eo Mohlomphehi a e buang, re bone hore na e feela e fana ka bothata bo teng. Feela ena ke mekhoa e sebelisitsoeng ea hore ba rutoe hore na ho fetela ho baji, lebese le lokela la be le hlokekisitsoe joang.
Kea leboha.
HON. SENATOR DR. T. LEBESE: Kea leboha Ntate Vice-President, ke kopa kaha Potso ena e kene ka mona e potlakile, Ntate Minister a mpa etsetse sechaba sa Basotho toka le lihoai tsena tsa Molimo tse tsietsing, ‘me a kene lieteng tsa bona a tla tsebe ho etsa address taba ena.
Mr. Vice-President, lihoai tsa likhomo tsa lebese li oetsoe ke koluoa moo li fumaneng Litlaleho. Ke moo li ntseng li rekisa lebese teng hore li ke li emise hanyane hoba li filoe Notice ea letsatsi feela, ‘me Notice e joalo e kene ka Li 20, li tlaleheloa hore ka Li 21 li emise. Re na le motho oa Morena oa ka oa Matsieng, tlhahiso ea hae ke li litre tse 300 daily or more.
Re boetse re na le lihoai tse ling, tse ka bang ka holim’a mashome e mabeli ho isa mashomeng a mahlano. Tlhahiso ea tsona ke li-litre tse100 daily. Taba ena e bolela feela hore Sehoai seno se hlahisang 300 litres daily, se lahleheloa ke 3000 litres matsatsing ana a koetsoeng. Ho thoe lebese leo a le etse joang?
Ena eo Mohlomphehi Motsamai a neng a e hlalosa, ea farm gate sales, ha e sebetse le ho sebetsa. Ke maobane feela ha ke le sebakeng sa Sehlabeng mono, ke kopana le e mong ea hlahisang 100 litres daily, ke sechaba se fotseng mono ka li 10 litres ho inkela lebese leno. Ho feta mono, lea qhaloa hobane ha hona moo ba le bolokang teng.
Taba ena Ntate Minister, re ne re re, re u fe platform ena ka uena Ntate Vice-President ho etsa address this issue. Morero ke hore u ke u bue le lihoai tsena tsa Molimo, likhomo li ntse li feptjoa, you cannot delay hore feeding ea teng ha u e behe e le standard hobane taba eo e bolela hore nakong eo setsi seo sa Bots’abelo se bulang, ke ho bolela hore u tl’o qala morao hape ka likhomo ‘me tahlehelo e tla be e le teng.
Haeba khomo e ne hlahisa 20 litres a day, u tlameha u ’nu etse hore lehaeba u e tima daily meal, feelau etse hore e ‘ne atametse hore e etse 16 litres a day, e le hore tahlehelo u se ke oa e lata hole haholo. Likhomo ntse li feptjoa, balisana ba ntse ba le teng. Re na le tahlehelo, li-transport li ntse li lefshoa. Re kopa ho u fa monyetla u k’u bue le lihoai tsena. E bohlokoa haholo taba ena hobane botsebi bo ntse bo ntjoetsa hore likhomo li tlameha ho hangoa.
U ka se siee lebese hobane u re _ho tla ba le Mastitis. Ha ho qala ho ba le Mastitis ha le ee mane hape, ‘me ke ne ke nahanne hore o tla etsetsa Potso ena toka a ke a bue le ka taba ena e teng. O e khutletse hanyane, h’a bua ka taba ea Board, a bua ka the impulse e teng lipakeng tsa Lesotho Dairy Board and Lesotho Dairy Products, ka botsamaisi ba teng le tsamaiso ea lebese in the midst of occurrence of FMD [FOOT-AND-MOUTH DISEASE].
Ke ne ke nahanne hore u tla e abela toka, u tl’u bue ka eona! Eseng u e khutlele, mohlomong u e shebe mona moo ho nang le lipehelo tsa Li-penalty tseo le ileng la li etsoa charge, mohlomong u etse address hore what is the impulse lipakeng tsa batho ba bohlanka ba hao ka Liofisi tseo tsa bona ba le babeli, e le ho khoba sechaba sa Molimo se keneng tlhahisong e turu hakana, joale se sa abeloe toka.
HON. T MOFOSI: Kea leboha, ka ‘nete ke tle ke re Ntate ka boikokobetso ke tle ke re, ke taba e kholo. Ke sehoai, ke tseba le hore na ha re bua ka tlhahiso ea temo re bua ka eng, ‘me ke ne ke re taba ena…ke ne ke re ke abela taba ena toka. Hona, ke ho etsa ke se na taba le hore na ke filoe taba kapa joang. Ke tle ke re, Basotho ba tle ba nkinele matsoho metsing, ntho eo ke e etsang hona joale ke ho lokisetsa bona. Ke tla etsa mohlala feela Mohlomphehi, ka hore joale ke lokela ke tle ke ee ka botebo litabeng tsa rona.
Litaba tsena tsa Dairy, ehlile ke taba ena e ke buileng ka eona. Ke ea nako e telele, eo re buang ka eona ea hore tsamaiso ea teng ho bonahala e sa hlomphe Basotho, e sa ba thuse ho tsoelapele ka khoebo.
E nkentse kahar’a litaba tse ngata haholo ka hare ho eona ka mono. E bile ka tsona Litaba, tseo tsona lihoai tsena li tsebang hantle hore mohlang ke ileng mono, ke il’o hlahloba Dairy, le bona ba mpha mathata a bona.
LNDB [LESOTHO NATIONAL DAIRY BOARD] e mpha mathata a bona, LDP [LESOTHO DAIRY PRODUCTS]; e mpha a bona ka nqena. Hona joale bohato bona, boo re bo nkileng ehlile ke hona hore re etse khoebo ea moshoelella, ba ka se hlole ba lla. ‘Me ke kopa hore taba ena joalo, kaha u e hlalosa re ntse re e qoqa ka mona, re ke re eo e hlahloba hape ka botebo. Ke batla ho fetisa ena ea hore na hoa nako ena, ho ntseng ho sebetsoa re lebelletse hore ho sebetsoe joang.
Ka tlhokomeliso eo le mphang eona. Ke tl’o potlaka ha ke tsoa mona, ke tle ke bone kapele hore na re atamela Taba eo joang. Ke mokhoa ona, ke reng mohlomong ha ke ne ke s’u fumane litaba tsena ka bosupise baheso, ho re na taba ena e bonahala impact ea eona e le efe. Hona joale feela ke batla ho tiisa mona, ke hlapanya Mohlomphehi hore le tsela ea Li-share tsa lihoai, ho latela letsoho lena leo re sebetsang ka lona, e leng LNDB, li ne li sa abele Basotho toka.
Eona Company e ts’oanelang e rekisa lebese, e ne sa abele Basotho toka. Ke etsa mohlala, Company ena ha ‘muso o ne o e fuoa ke naha ea Canada, Tumellano e ne e le hore sehoai se seng le se seng sa lebese, e be karolo mono moo a etsang contribute teng, ‘me ke litaba tseo ke li etseng hloko.
Ha ke etsa tjena, ke tataea hore ke tsetsise Metheo ea Dairy ea Basotho, ba se hlole ba lla. ‘Me re tl’o etsa bonnete ba hore batho bohle ba etsang contribute tsona litre, tsena tseo u buang ka tsona, kaha ua tseba re na le levy ka nqela, joale re tl’o sebeletsa hore ba thusoe, ba khahlametsoe ka lintho tsohle tse ba amang e le contribution ea bona eo ba e nts’ang Dairy mono.
Ke ne ke re, ba nkinele matsoho metsing ha ke etsa tjena ehlile ke batla ho sebetsa kathata hore re tebise taba ena ea dairy. E le hore, e tle e re ha re re products tse hlahisoang Lesotho mona ke tsa rona, li be li le boleng hobane lebese le hlahisoa ke Basotho. ‘Me ra be re bua ‘nete moruo, o potoloha ka hare ho naha.
HON. SENATOR R.P.L. PEETE: Kea leboha Ntate Vice-President, Ntate Minister o ntsa leka ka ‘nete leha re mo elelitse hore a nke mofao hobane o hana ho re qi! Potso eo ke ratang ho e botsa Ntate, ke etsa follow up holim’a taba eo eena a qetang ho e bua, ea hore batho ba neng ba filoe mosebetsi oa hore e be bona ba nkang lebese la lihoai, ba ne ba se ba sa sebetse hantle le sechaba sa Basotho kapa bahlahisi. E se e le oa nkolota ha u nkolote eng, tax what not, ke ne ke re na batho baa, ha u ba tebele ke eng?
Ka moo ho kene bana ba bang ba Basotho. Hona joale tjena ‘Muso ona o teng, o nanabetsa letsoho haholo ho sechaba. Re tlohetse hore re ‘ne re re mphe-mphe. ‘Na ke bona tsela eo Tona-Kholo le batho bao a sebetsang le bona, e le batho ba nang le chebelo-pele haholo.
Ebe ke hobaneng ha hona tjee, re tl’o etsa rely kapa re tl’o lula holim’a batho bao esale re ba fuoa ke Ma-Canada koa ka nako ela. Hona joale re le teng, ho na le bahlahisi moo Lesotho? Dr. Lebese o re ho na le motho oa Matsieng oa Morena Ts’oana-Mantata, ea hlahisang more than 130 litres daily?
Ke hobaneng re etsa rely holim’a batho ba bo-Welkom koa, re sa iketsetse lintho tsa rona moo, bo Ntate Setho se Khabane Ntate Motsamai hobane kea tseba potso ena, hase hore u botsetsa eena. Empa o botsetsa Basotho, ke hobaneng batho baa ba sa fuoe monyetla oa ho ts’ela lebese, namane e ts’ehla ke enoa, a ka e etsa ntho eno?
Ea ho qetela ke hore na, _che! Ena le eona ha u ka utloa u se na karabo ea eona, u e tlohelle u tla tl’o e araba, ke ne ke re na u ha kae ka Foot and Mouth? Ke hobane ke bone Basotho ba shoelletsoe ke likhomo tse ngata haholo, likhomo tse baloang ka lipalo tse holimo haholo, ntse li re feela kee! Ke ntho ena ea makhopho, empa haeba hona joale ha u na karabo, re tla e ngola Potso eno.
HON. T. MOFOSI: Kea leboha Mohlomphehi, ka ‘nete ke kope ts’aorelo haholo ho Morena oa ka oa Matsieng ka litaba tsena tse etsahalang, feela ke re qetellong ea letsatsi ‘moho le lihoai tsohle tsa lebese, e tla hlahisa motso, e bonahale ho re na re ne re leka ho etsang eng.
Kea kholoa ha ke tla ho ea Mohlomphehi hore na joale batho bao ha ke ba tebele keng, ho na le melao e tataisang litaba tsa ts’ebetso ka hare ho naha ena, ‘me tse ling li kenyeletsa le linyeoe tseo ke reng ebile ke lilemo tse ngata haholo, tse ho bonahalang Setsi seo se ne se sebelisoa le ka liqeto tsa Makhotla ao.
Seo ke neng ke lokela se etsa, ke ho li atamela ka hlokolosi, re qoba taba ea hore ha ke qeta ho etsa ka ho itseng, ebe Lekhotla le lona, le re re ts’oara matsoho. Ebe lihoai lia bokolla ka ntle ka mane.
Re lekile hore re behe Board e tla tseba ho re thusa ho etsa address litaba tseo, ‘me ke lumela hore joalo ka ha ke cho. Impact e tla bonahala. Ehlile ke chulo hore ke batla Li-product tsa Lesotho li hlahisoe ke bana ba Basotho. Re na le bana ba rona mona, ba bacha bao ba se ntse ba e-na le boithuto le lintho tse pasitseng’ Ke hore ha li ea litekong ka mono ka NUL. ‘Me ke hore feela ‘Muso o tle o bone hore o atolosa Litsi tse joalo hore re bone hore lihlahisoa tsohle tsa lebese, li hlahisoa ka hare ho naha ka mona.
Taba ea ho e atamela, e ne se e kentse lintho tse ngata haholo tse nang le Likahlolo, tseo ke lokelang ho li atamela ka tsela ea molao, re tle re se ke ra baka bothata re re re rarolla bo bong. Ha ke tla ho ena ea Foot and Mouth ka ‘nete ke thabile haholo ha u botsitse potso eno. Re na le mafu ka hare ho naha, ao ho bonahalg a re ts’oenya morao tjena. Ho na le ao e leng mafu a sa etsoang gazetted for, feela ha re se re bona ho latela percentage tsa liphoofolo le mathata ao re a bonang a lihoai, re ee re mathe ka lebelo, ‘Muso o etsa ka matla ho bona hore oa khahlametsa.
Ke batla hore lefu leo ke utloang eka u bua ka lona ho ea ka litsebi tsa haeso, kamoo li behang, hore li ntlhalosetse ho re ha se FMD ke lefu le bitsong Lump Skin. Ke leo ke reng le lona ‘Muso o ile oa matha ka lebelo hore o bone hore re ba le moriana o le phekolang. ‘Me moriana o joalo ke mahala. Hona joale hohle moo le leng teng, ha re fumana molaetsa feela, lingaka tsa haeso li phallella mono ebile ba na la likoloi hona joale ho re ba bone hore ba thusana joang.
Ha ke tla ho ena ea FMD nka se e qobe, ke batla ke e behe leha re ntse re e lokisa, re ntse re lokisa le Mafapha a amehang. Ke batla ho tlisa tlhokomelong ea Ntlo e Khabane hore litaba tsena tsa temo, ha li bobebe hobane ha li atameloe ke Lekala la temo fela hore li loke. Hona joale lena la FMD, leo re lokelang hore ebe hona joale re se re ntse re iponts’ahatsa ka hare ho sechaba le ea pheletsong, moo re lutseng fats’e ra ngola, ra bonts’a Mohlomphehi Tona-Kholo re se re kopane re le team e ileng ea rala le pele le fihla.
E ne e le hore na re tl’o sebetsa joang ha le le teng, ‘me ke lumela hore Beke ena eo re leng ho eona, kapa e tlang e tla fela mohlaka o le teng. Ke tle ke bonts’e hore lefu lena la FMD beng ba ka, ke lefu leo re ileng ra bonts’a re le Lekala, ra koala hore ha re hloke lihlahisoa tse hlahang ka ntle haholo naheng ea Afrika Borwa.
Ke hobane teng, e ne e le naha eo e neng e bonahala e ts’oalitsoe haholo.
Litaba tseo ka lebaka la hore ha li oele matsohong a rona re le Lekala la Temo, feela ho ile hoa ba le moo ho holotsehang litaba teng eaba joale ho Li-border ho kena liphoofolo tse ling, ebile li kena ka tsela tse sa nepahalang li se na tumello ea ho kena ka hare ho naha hobane re ne re se re e hlothile. Ke tsona tseo ho bonahalang li re baketse bothata ba FMD.
Ke batla ke tle ke bonts’e hore hona joale ha re bua tjena, lingaka tsa haeso li se li lokisitse moralo o hlakileng oa hore na re tl’o tla re etsa zone naha ea rona joang ho latela moo re fumanang ts’oaetso ena e le teng. Joale re sireletse liphoofolo tse mono li tle li se ke tsa tla lehlakoreng la liphoofolo tse ling tse sa ts’oaetsoang. E le hona hore e tle e re ha re rekisa li-product tsa rona ra be re tseba hantle hore na sebaka se itseng ke sebaka se sireletsehileng hakae.
Ke batla ke tle ke tle mona ka hore ke be ke etse kopo e khethehileng mona Beng ba ka, ke tla tla ka puo ka mona kahar’a Ntlo e Khabane e hlakileng, joale ke tl’o hlakisa litaba tsena tsa FMD hobane ehlile li amme naha ena haholo. Haholo le boea bo se bo amehile. Re tseba hantle hore ke product eo re le tjena kaofela re holileng ka eona, ekaba ngoana Mosotho ea keneng sekolo le ea sa se kenang, o hotse ka boea.
Ke tla tlisa puo ka hare ho Ntlo ena e Khabane e le statement se tl’o bonts’a le hore na re hokae re le naha, re lebelletse hore ho sebetsoe joang hobane ke ntse ke bona hore ho etsahetse phoso ea hore ebe ka nako eo ke neng ke etsa Statement ho Ntlo eane e ‘ngoe (National Assembly) le ho ba bang, ebe ha ke ea tla ka sona ka mona.
Ke ne ke re Marena a ka ke ineloe matsoho metsing. Ke tla tlisa litaba tseno ka bokhabane ka Ntlong ena e Khabane ke tl’o li hlalosa ke se ke bile ke bonts’a le hore na re se re le methating efe re le naha ho its’ireletsa le hona hore na re re leeto lena haele mona re se re ts’oaelitsoe, na re le tsamaea joang.
E kholo-kholo e ntse e le eona eno ea hore ka botebo re ntse re tl’o hloka ts’ehetso ea Marena haholo litabeng tsena e le hore re tle re li ts’oare hantle.
Ha ke behile litaba tsa ka ha kana ke re litaba tse buueng mona kaofela ke li etse hloko Beng ba ka, ‘me ke tla leka hore ke il’o bona hore na ke phutha-phutha kobo ea ka liqola joang, re leke ho bona hore na mathata a teng re le naha re a akofela joang.
Morero oa ka ke hore re bone hore naha ena ea habo rona e ea atleha litabeng tsa temo joalo ka ha e le mokokotlo oa naha, ho se na bophelo kantle ho eona. Ke tle ke re ha ke behile litaba tsa ka hakana, Beng ba ka kea leboha.
Ke tla tataisoa ke lipotso tse ling haeba li le teng.
HON. SENATOR S. K. MASUPHA: Kea leboha, Ntate Vice-President. Ka’nete ka mokhoa oo Letona la ka le ntseng le bua kathata kateng, ke ne ke re tlhokomeliso eo nka ka e behang ho Letona la ka, ke hore ntho ena ke koluoa ea lebese. Ke koluoa hobane Moliko ona o mona o koetsoeng, ke oona oo litereke li ts’ollelang ho oona. Eleng hore ke moliko o moholo haholo, ‘me ke hlokomela hore Mohlomphehi hangata joalo ka ha che u se u its’oetse mokhubu, litaba tse bang teng tsa tlokotsi tsa mofuta ona ha li tle ka ho rona ka mona.
Che u se u bonts’itse hore ka’nete u se u its’oetse mokhubu hore ka’nete taba e joalo e ke ke ea hlola e etsahala. Ntho eo ke mpang ke re ke e behe tlhokomelong ea hau Mohlomphehi, ebile ke e etsa e le taba ea potso.
Na Mohlomphehi u se u kile oa hlokomelisa sechaba sa Lesotho ka bothata ba lebese hore Moliko ona o moholo o koetsoe hobane ke mona lebese la Basotho ba rona lea qhaloa e le hobane ha ho na moo le tla ts’eloa teng?
Na u’a hlokomela, Mohlomphehi hore Basotho baa ba tla qetella ba kenya ‘Muso lits’enyehelong tse kholo hoo ba ka qatellang ba bile ba qositse ‘Muso ka tahlehelo ee ea lichelete tse ngata tsena tsa liphoofolo tsena tse feptjoang kathata? Basotho ba fepa liphoofolo ka mokhoa o thata, empa lebese ke lena le ntse le ba teng.
HON. T. MOFOSI: Kea leboha, Mohlomphehi.
Ke ne ke re ha ke ea potsong ka kotloloho ke bonts’itse mona ha ke qala hore mafapha ‘ohle a neng a lokela ho tseba litaba tsena re ile ra lula le ‘ona eaba ho qoqoa taba ena. Ke se ke hlalositse hore hona joale ke utloa eka ho bohlokoa haholo ke hore re ee re il’o hlahloba hore na nako ea ts’ebetso e ntseng e etsahala ka mokhoa oo re neng re e rerile kateng hore ts’enyeho li se ke tsa ba teng na e ntse e sebetsa hantle na? Ke lumela hore hang ha re fumana hore ehlile bothata boteng joaloe ka ha Bahlomphehi ba nthlokomelisa, re tl’o tlameha ho chencha maoa, re bone kapele-pele hore na re etsa joang hore tahlehelo e joalo e se ke ea ‘na ea tsoela pele re le ‘Muso.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha Mohlomphehi Letona le Khabane. Ho na le lintho tseo ke li ts’oahileng likarabong tsa hau ha u ntse u araba Litho tse Khabane mona. E ‘ngoe ea lintho tseo ke li ts’oaileng ke ea hore u itse u tla khutlela morao u il’o hlahloba litaba tsena hape-hape. Ebile u ile oa ba oa re ha u tsoa ka koano u tla khutlela morao u ilo hlahloba litaba tsena. Taba eno ke e thoholetsa haholo.
Taba e ‘ngoe eo ke e ts’oaileng ke e amanang le taba ea FMD. U itse u tla tla ka koano ka Ntlong u tl’o tla u etsetsa Litho tse Khabane Polelo, e le hore joaloka batho ba etelletseng sechaba pele mane metseng, ba tle ba tsebe ho se tataisa hantle.
Ka’nete ke ts’oaile mantsoe ano ‘me litaba tseno tseo u li buileng ke tsa bohlokoa haholo.
Rea leboha, Letona le Khabane.
‘Na ha ke botse lipotso ka mona, ke fa Litho tse Khabane monyetla oa ho botsa Bahlomphehi Matona lipotso, joale Bahlomphehi Matona le bona ba li arabe, ba hlakise moo Litho tse Khabane li sa utloisiseng hantle. Hoja ke ne ke botsa lipotso, ke ne ke tla botsa hore na ha le ea bona ho le bohlokoa hore thloekis eo ea makuka e etsoe ka mekhahlelo? Joale empa ha ke e botse, ke ne ke mpa ke e bua feela hore na molemong oa hore sechaba se se ke sa etsa suffer a se ke a hloekisetsoa hong, a hloekisoe ka mekhahlelo e le hore sechaba se ‘ne se tsebe hore se fumane lits’ebeletso.
Ha kea lebella hore u li arabe Mohlomphehi Letona le Khabane. Ke ne ke mpa ke re hoja ke ne ke botsa lipotso, ke ne ke tla e botsa taba eno.
Re lebohile haholo, Letona le Khabane.
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ke ema mona ka hore ke batla ho utloa hore na Standing Order se u hanelang uena ho botsa na se teng? Haeba ha se eo, na potso ena is it not in order hore u e botse?
Hoseng u ile oa re joetsa hore ha re sa thibeloe ke ho itseng, hona re ka ho etsa ha Letona le ne le etsa tabling mona.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Standing Order sena se buang ka taba ena ea Notice ea lipotso se bua ka Litho tse Khabane, eseng Setulo. Ha ho na moo ho thoeng Setulo se ka etsa Notice eaba se botsa lipotso ka mona. Ha hona Standing Order se joalo.
Re lebohile haholo Mohlomphehi Letona le Khabane. Re tla u lebella hore u tle u tl’o tla u etsa Polelo ka koano ka taba ena ea FMD hobane ruri le eona e bohlokoa haholo.
Next item Mr. Clerk.
PROCEEDINGS ON SUBSTANTIVE MOTIONS AND BILLS
MOTION
56. RESOLUTIONS ON THE INFLUX AND PROTECTION OF BASOTHO IN SOUTH AFRICA
That this Honourable House urges the Government to prioritize job creation and economic diversification in Lesotho to reduce reliance on labour migration to South Africa, expand access to quality health and education services within Lesotho, reducing the need for citizens to cross borders for basic needs, and strengthen consular services and legal support for Basotho migrants in South Africa by negotiating bilateral labour migration framework that will safeguard their rights and welfare.
HON. SENATOR J. A. MOTS’OENE: Ha ke u lebohe, Mohlomphehi Motlatsi oa Madam President.
Ke ema mona Mohlomphehi ka Tlhahiso ea mashome a mahlano a metso e ts’eletseng (56). Mohlomphehi Tlhahiso ena ea 56 kea kholoa e ile ea hlahisoa ke litaba tse ling tseo re neng re li hlokomela re le Ntlo hore tharollo ea sekhahla sa Basotho ho ea Africa Borwa le ts’ireletseho ea bona, hore Ntlo ena e Khabane ea Senate e khothaletsa ‘Muso hore tlhahiso ea mesebetsi, kholiso ea moruo ebe lits’iea tsa mantlha tsa puso ka hare ho naha ea Lesotho, e le hore Lesotho le tle le its’ematlele ka mesebetsi le hore ho matlafatsoe mafapha a bophelo le thuto ka ha a ka fokotsa sekhahla sa Basotho ba ts’elang malibohong ho ea batla lits’ebeletso tsa mantlha naheng ea boahelani.
Hape ‘Muso o matlafatse lits’ebeletso tse fanoang ke Ntlo ea Boemeli ba Lesotho Africa Boroa sebakeng sa tlhokomelo le ts’ireletseho ea Basotho ha ba le ka naheng eo.
Mohlomphehi, taba ena ea Tlhahiso ena, ke hobane re le Litho tsa Ntlo re hlokomela masisapelo ao Basotho ba kopanang le ‘ona haholo ba ts’eletseng ka naheng ena ea boahelani.
Nka supa hona haufi mona le maliboho a naha ea habo rona ea Lesotho ha u ts’ela noka ena ea Mohakare, mapolasing ana a ka mose ka mona. Mohlomphehi ho ea hoa Basotho moo mapolasing a joalo, e ebe e le hobane ba batla mesebetsi. Ho ea hoa Basotho Africa Borwa e ka ba ba kenella hare ho naha ea Africa Borwa, e ka ba merafong kapa lifemeng, ke hobane ba batla ho beha bohobe tafoleng.
Taba ena ka bo-eona feela, Mohlomphehi e bapala karolo e kholo ntlheng ea moruo oa naha ena ea habo rona ea Lesotho kaha ha ba e tla le metsuntsunyane.
Ke Paseka hona joale, ha ba fihla mona ba tl’o tla ba reka ka mefuta ba kena mabenkeleng mona ba reka lijo, liphahlo e ka ba ba ithekela kapa ba rekela bana bona, lilakheng ba reka linama. Hono ho bolela hore chelete eo ba tlang ka eona e kena kahar’a naha.
Ntate Morena oa ka oa Matsieng re tla be re rapela, re foka machoba ka Paseka re nts’a koleke. Ba tla be ba e nts’a le bona, ‘me taba ena e reng? E re chelete ho hlaha naheng ea boahelani e tl’o nyolla moruo kahar’a naha ea Lesotho.
Mohlomphehi Motlatsi oa Madam President, ha u ka hlokomela litaba tsena tseo re buang ka tsona Tlhahisong ena, haeba ke mametse Bahlomphehi Matona a Khabane ha a ntse a araba lipotso mona, haeba re ne re ka fela ra ba le lerato la naha ena re le baetapele, ra itebala bo-rona, litaba tse ngata re ne re tla li fihlela habobebe Mohlomphehi. Ke bile ke sa re Basotho ha re na chebelo- pele kapa lerato la naha.
Litaba li ngata tseo re tla tla re bua ka tsona molemong oa naha ena hobane ke bua taba ena ke re re be le lerato la naha- re ka its’ematlela haeba-litaba tsena tseo Litho tse Khabane li ntseng li bua ka tsona…
HON. T. MOFOSI: Kea leboha, Mohlomphehi.
Morena oa ka litaba tseo a buang ka tsona mona lia nqholotsa ‘me ke ne ke batla ho mo etsetsa potso le tlhokomeliso kahar’a litaba tsa hae, ke haha taba ena ea hae.
Ke re na u hlokometse hore joalo ka ha a ntse a cho, ehlile boholo ekaba Freestate mona le ho lane la Kapa (Cape Town), le libakeng tse ling tsa naha ea Africa Borwa, ts’otleho eo batho ba rona e le sechaba ba hlileng ba e sotlehang…
Ka bokhuts’oane ke re karolo e kholo ea sechaba sa rona na u hlokometse hore e oela haholo likarolong tsee tsa mapolasi moo re re reng sechaba sa rona se isoa mono ke hore ebe re le naha re sitoa ho ikeletsa kapa hona ho ts’oara litaba tsa rona tsa naha tsa temo hantle na?
Mobu oa rona o letse, joale bana ba rona ba ea ka ho lane la Africa Borwa. Hape ke be ke re na re etsa ts’usumetso-ke hore na taba ena ea Tlhahiso ea hae ha e oele ho tse ling tsa ts’usumetso eo re reng re e etse ho sechaba sa rona hore re bone hore re ts’oara litaba tsa rona tsa temo hantle?
Ke rialo hobane ha u reka kotola ea cabbage e tsoang Africa Borwa, Mosotho ha a bone hore joale ke nako eo a nkang chelete a e isa South Africa hore e il’o hira ngoana hae? A tlohe hae mona joale a tsebe ho ea sotleha.
Potso ea ka eo ke neng ke re ke e behe ho Morena oa ka ke hore na ehlile ka’nete litaba tsena tseo a li buang, na oa hlokomela hore re lokela ho etsa meoloane eohle eo re ka thusang sechaba sa rona hore se its’ematlele ka litaba tsa temo hobane lijo ke tsona ntho tseo re reng ka’nete ha ho bophelo ntle le tsona?
Re ja hararo ka letsatsi, ‘me ke eona eo re re reng ha se le khoebo e tsongoang. Re sebeletse hore chelete ea rona e eang ka ntle ho naha e tl’o hira sechaba sa rona ka hare ho naha.
Na u’a hlokomela hore re tlameha ho chencha hang-hang, re fetohe re le naha re bone hore re ba hlokolosi ka litaba tsa temo na?
Kea leboha.
HON. J. A. MOTSOENE: Kea leboha, Mohlomphehi.
Potso ena ea Mohlomphehi Letona le Khabane ke utloa ‘na ebile e se potso hakaalo-kalo, e ka ba mohlomong ke ho matlafatsa Tlhahiso ena.
Mohlomphehi, ke ‘nete lipalo-palo tsena tseo a buang ka tsona ehlile li mapolasing. Lipalo-palo tsa bana ba Basotho li mapolasing, ba siile mobu o letse ‘me taba ee ke taba eane Mohlomphehi Motlatsi oa Madam President eo ke reng re ke re be patriotic.
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Empa haeba ke le out of order then ke tla be ke etsa propose taba ea nako.
MR. VICE-PRESIDENT: Ke etsa address Ntlha ena ea Tsamaiso. Ke bona eka u ne u na le Ntlha ea Tsamaiso, feela joale u eme pele uitukisa hantle, Setho se Khabane, leha feela u ne u na le taba ea bohlokoa.
Ehlile in terms of Standing Order No. 16 (5) re fihlile nakong eo re ts’oanelang re khefutse, re phomolele nako ea lijo, ebe re tla khutla ka 2:30 p.m.
Joale feela empa le eona taba eno e-na le phephetso ka hore ho se ho entsoe Schedule sa Likomiti tse tl’o lula kamor’a lunch, ‘me taba eo e tla tla e ama quorum ea rona ka mona, ebe re qeteletse re se re sa lekana, athe Motion ona o ntse o ts’ohloa ke oa bohlokoa ka tsela e khethehile o hlokoang hore o fuoe nako e lekaneng.
Ka tumello ea lona, Litho tse Khabane, ke kopa ho utloa na ekaba takatso ea lona hore re ekeletse Morena Joel nako, a phethele Motion, a mpa a tlatsoe, etle ere ha re tl’o tsoela pele kamoso ebe ele hore re se re tlo re… lula fats’e, Morena oa ka.
Taba ke hore a mpe a phethele, a be a fumane motho a mo tlatsang, joale ebe rea lihella. Re tla tla re tsoelapele kamoso hape-hape, hobane Motion ona o moholo haholo, hoo ke nahanang hore re ke ke ra tla o ts’ohla kamor’a lunch Litho tse ling li se li ile Likomiting joale ba se ba sa lekana.
Na ke takatso ea lona hore hobe joalo, Litho tse Khabane?
Ae, ke utloa eka lea e ts’ehetsa.
Question that Honourable Senator Joel be permitted to speak again put and agreed to.
HON.SENATOR. S. K. MASUPHA: Kea kholoa ho ea ka tlhakiso ea Madam President ha ke tsebe hore na ebe nka e hlahisa ele Ntlha ea Tsamaiso?
Ke mpa ke beha feela ka tsela ea hore ke bona eka Motion ona o bohlokoa haholo. Haele mona o le bohlokoa hakana-kana, ke ‘nete Ntlo eona e ne e re ho tsoeloe pele.
Empa ke bona eka taba ena e tl’o koafala ke liphutheho tsena tsa kamor’a lunch.
Na e ne ke ke eaba boikeletso ba Ntlo hore taba ee e ke e khutlele morao, e tle khetheloe letsatsi le tla boela e tsoela pele?
Ke Tlhahiso ea bohlokoa haholo, kahoo ke hore re tle re tsebe hore re kene ho eona kaofela re le ‘moho. Ke ne ke re ke behe hakaalo feela.
Kea leboha, Mohlomphehi.
MR VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Morena oa ka. Ke utloa eka ekare u bua taba eo ke neng ke qeta ho e bua. Ke ea hore ho na le Likomiti tse seng li ntse li entsoe schedule hore li tl’o lula kamor’a lunch, ‘me li tla tla li nonyetsa quorum kamona.
Re rata hore everybody a be teng. Hosane re ka tseba hore re tsoele pele. Ha re hloke le hore re chechisetse hole. Ebile leha eba re ne re file Motion ona ho tloha hoseng ka 10:30 am, ka ‘nete ke bona ekare ha o hloke letsatsi le le leng; ehlile o hloka hore Litho li hle li be le nako, li o ts’ohle ka mokhoa oo ehlileng o tebileng.
Ke kopa hore Morena Joel a phethele, hobane re ne re se re hlile re mo lumelletse hore a phethele, a tle a mp’a tlatsoe, ebe re etsa Adjourn.
HON.SENATOR. J.A. MOTS’OENE: Ke u lebohe, hle, Mohlomphehi. Kea kholoa motho u n’u ka lebella hore re tla o ts’ohla ho tloha hoseng. Empa ha ho lere khopo, Ntate, nako e sale ngata.
Mohlomphehi, ke ne ke re feela Litho tse Khabane ekaka li ne li ka tsa khothaletsa Muso ho matlafatsa lits’ebeletso tse fanoang ke Ntlo ea Boemeli ba Lesotho Afrika Boroa, sebakeng sa tlhokomelo le ts’ireletseho ea Basotho ha ba le ka Naheng eo.
Mohlomphehi, taba ena ke itse ke qholotso. Re ba bone bo Natal mane hore ho na le ba lahlehetsoeng ke bophelo. Re ba bone bo-Gauteng mona, esitana le hona mona bo-Mangaung mona haufinyane le rona, hore ba lahlehetsoe ke bophelo.
‘Me litaba tsena li re ho rona na bana ba bo rona ba Basotho, ba phelang Afrika Boroa, moo ba bang ba seng ba bile ba ntse ba batlile taba ea ho lula ka mono, eba bana kapa baahi ba Afrika Boroa, eba bajaki, ba batlile tjako, ebe ha re sa tseba hore ke bana ba bo rona?
U tl’u hlokomele, Mohlomphehi, hore hona joale Libekeng tse tlang mona ke Paseka ‘me ba tl’a be ba le teng.
Ka ho rialo, Mohlomphehi, ke re Ntlo ena e Khabane ea Senate e khothaletse Muso hore tlhahiso ea mesebetsi le kholiso ea moruo ebe lits’ia tsa mantlha tsa puso ele hore Lesotho le tle le its’ematlele, le se its’etlehe ka Afrika Boroa ka mesebetsi; le hore ho matlafatsoe Mafapha a Bophelo le Thuto kaha a fokotsa sekhahla sa Basotho ba ts’elang malibohong ho ea batla Lits’ebeletso tsa mantlha.
Hape Muso o matlafatse Lits’ebeletso tse fanoang ke Ntlo ea Boemeli ba Lesotho Afrika Boroa. Ke ho re lebakeng la tlhokomelo le ts’ireletso ea Basotho ha ba le Naheng eo, ho lokela ho be joalo.
Ka ho rialo, Mohlomphehi, kea sisinya.
Kea leboha.
MR VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Morena oa ka. Rea leboha, Morena oa Linare.
Re ne re kopa ea mo tlatsang, Litho tse Khabane.
HON.SENATOR. P. MATHEALIRA: Kea u leboha, Mohlomphehi Vice-President.
Thapameng ea kajeno, Litho tse Khabane, kea leboha.
Morena oa ka oa Leribe o bua ka Tlhahiso e kholo, e matla hobane re bua ka Litaba tsa sechaba sa Basotho ba sieang Naha ena, ba ea linaheng tse ling.
Ha se Afrika Boroa feela, Morena oa ka, empa Basotho ba tletse hohle mona!
Ke ema ho tlatsa Tlhahiso ena ea hau Morena kajeno, hobane re tlameha ho tseba pele hore sesosa ke se feng, se etsang hore Basotho ba ‘n’e ba tsoe ka hare ho Naha. Ke tlhokohalo ea mesebetsi le tlala!
Re lokela re mpe re hooe ka lentsoe le phefa, ho re Muso o k’o bitse bo-ramatset ba tl’o theha mesebetsi Basotho ba sebetse kahare ho Naha.
Lebaka-baka e tl’a be e le hobane ruri ba oela lerabeng lena leo ba qetellang ba hohetsoe ke batho ba Linaha tse ling. Morao tjena hona le ntho ena eo ho thoeng ke social media. Ke eona e etsang hore Basotho ba bangata ba tsamaee, ba be ba oele mathateng a bophelo.
Litaba tsena tsa ho tsamaea u tloha sebakeng se seng, u re u il’o batla mosebetsi, ha u fihla ka mono u fumana hore mosebetsi oa ha o eo, ebe ke litaba tsane tsa human trafficking. Mona moo re busang teng e etsahala ka mekhoa e ‘meli, it’s either motho o tloha mona a tsamaea a re o ilo fuoa mosebetsi, kapa o ea sekolong, kapa o bitsoa ke motho ea reng o itse oa mo rata social media. Ha a fihla koana o fetoha lekhoba la thobalano kapa ebe joale oa bolaoa motho enoa ho rekisoa litho tsa ‘mele, e ntse e le human trafficking.
Joale u fumane hore motho enoa o nkiloe kahar’a motse. Ka nako e ‘ngoe o nkoa ke motho eo re ntseng re mo tseba motseng mona a re o ilo mo fa mosebetsi. Re tlilo tlaleha re re motho enoa ha re sa mo fumana fonong ea hae, matsatsi a makae-kae, ‘me ha hlaha o tlo hlaha a hlokahetse either hona ka hare ho naha ka mona kapa ka ntle ho naha a fumanoe a se a se na bophelo. ‘Me litaba tseno ka hofela hoa tsona ehlile ke re sesosa e ntse e le taba ea tlhokahalo ea mosebetsi.
Ruri rea tseba hore kaofela re le tjena lephako ha le kolotoe, u tlilo ho hlokomela ha morao u se u oetse kotsing ea ho hlaisoa kotsi ke taba ea lephako feela u ntse u re u ea mosebetsing athe ha ho joalo. Ha ke tsebe Morena oa ka ha u re ‘Muso o matlafatse boemeli ba naha ena naheng ea South Africa; ebe bo tla sebetsa joang ho ba Basotho baa ha ba ts’ela mona ba ts’ela ba se na le litokomane hona marokhong mono feela. Ha ho na moo ba itlalehang teng.
Le boemeli ba Lesotho Afrika Boroa ke lumela ha u na le batho ba ba tsebang ba bangata hore bano ba kena. Le lekala la Labour, batho bana ba itsamaela feela ba ikela Ceres koana ba re ba ilo kotula Lilamuni le Liapole, ‘me ha ba tlameha ho lefuoa ho bitsoa sepolesa. Ke bothata boo re bo ts’oereng, ‘me ke re kea u tlatsa Morena oa ka ke hooa ho ‘Muso hore ha o ke o thehe mesebetsi, haesale ho thoe bo-ramatsete ba ka borokhong ha ba ke ba ts’ele ba tle ba tlo fa Basotho mosebetsi.
Kea leboha kea sisinya.
MR VICE PRESIDENT: Rea leboha Morena oa ka oa Tsikoane, Peka le Kolobere, rea leboha ha u tlatsitse Morena oa Leribe ka bobeli le Linare. Litho tse Khabane ke ne ke lokela hore boemong bona boo ke leng ho bona ke teke taba ebe ke lokolla litho hore li bue empa ka tumello ea lona ke kopa hore ke tle ke teke taba hosane hoseng e leng hore ka ho etsa joalo ke thuse ba neng ba le siko hore ba utloe hore na re hokae. Ke ne ke thabile ho buua ka tlhaiso ea mesebetsi, Matona a mabeli a neng a le mona, Letona la Khoebo le Mesebetsi e Meholo le Letona la Temo. Litaba tsena tsa tlhaiso ea mesebetsi li ba ama ka kotloloho.
I wish they will be here tomorrow hobane litaba tsena ehlile li bua le bona haholo feela; ke utloa li bua lebona I wish they will be here tomorrow hobane re ee re rate hore Puso ebe teng joale e re ha re qeta ho phethela litaba tsa rona ebe Puso e re fa ntlha-kemo ea eona litabeng tsena tseo ho ntseng ho buua ka tsona tsa Motion. Ke ne ke kopa hore ha re le mothating ona Litho tse Khabane e tle be re fihlile pheletsong ea mosebetsi oa letsatsi la kajeno. Ntlo e tle e phomole ho fihlela hosane 10:30a.m.
ADJOURNMENT
There being no further Business on the Order Paper, Mr. Vice-President adjourned the House without Question put, pursuant to the Standing Order No. 16 (3).
The House was Adjourned at 1:12 p.m.
