HANSARD 27 MAY 2026

KINGDOM OF LESOTHO

PARLIAMENTARY DEBATES

SENATE CHAMBER

DAILY HANSARD

OFFICIAL REPORT OF THE SENATE

FIRST SESSION – ELEVENTH MEETING

ELEVENTH PARLIAMENT

                     THURSDAY 27TH MAY, 2026

LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG

1. Hon. Seeiso B. SeeisoPrincipal Chief of Matsieng
2. Hon. Joel A. MotšoenePrincipal Chief of Leribe
3. Hon. Sempe Gabasheane MasuphaPrincipal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan
4. Hon. Mamolapo M. Q Majara Principal Chief of Ha Majara
5. Hon. Tumane MatelaPrincipal Chief of Makhoakhoeng
6. Hon. Moeketsi Moletsane IIPrincipal Chief of Taung
7. Hon. Lerotholi Mathealira SeeisoPrincipal Chief of Mokhotlong
8. Hon. Lerotholi L. Seeiso   Principal Chief of Likhoele
9. Hon. Theko D. BerengPrincipal Chief of Phamong
10.Hon. Mojela T. MakhaolaPrincipal Chief of Qacha’s Nek
11. Hon. Seeiso S. H. NkuebePrincipal Chief of Quthing
12. Hon. Nthupi A. Bereng                     Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote
13.Hon. K.L.K Khoabane ThekoPrincipal Chief of Thaba-Bosiu
14. Hon. Mitchel S. MaamaPrincipal Chief of Ha Maama
15. Hon Moholobela M. Moholobela Principal Chief of Matelile
16. Hon. Bereng G. Seeiso Api  Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake
17. Peete Lesaoana PeetePrincipal Chief of Koeneng le Mapoteng
18. Hon. ’Mako T.MohalePrincipal Chief of Tajane, Ha Ramoetsana le Ha Mohale
19. Hon. Khoabane T. MojelaPrincipal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso
20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli Principal Chief of Botha-Bothe
21. Hon. Pontšo S. MathealiraPrincipal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere
22. Hon. Qeto Sekonyela Principal Chief of Malingoaneng
23. Hon. ’Mawinnie KanetsiSenator
24. Hon. Lebona KhoaeleSenator
25. Hon. Thabiso LebeseSenator
26. Hon. ’Maphakiso LebonaSenator
27. Hon. ’Mabataung Patricia                                MokhathaliSenator
28. Hon. Sehloho Henry MonatsiSenator
29. Hon. ’Makholu MoshoeshoeSenator
30. Hon. Neo Matjato MoteaneSenator
31. Hon. Seabata MotsamaiSenator
32. Hon. Richard RamoeletsiSenator
33. Hon. Limpho TauSenator

PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO

SENATE CHEMBER

THURSDAY 27TH MAY, 2026

The House assembled at 10:30 am.

(MADAM PRESIDENT in the chair)

PRAYER

The Chaplain led the House in Prayer

ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR

MADAM PRESIDENT: Litho tse Khabane, ke kopa ho le lumelisa. Le hore re qale mosebetsi oa letsatsi ka litsebiso tse bonahalang li se ngata.

  1. Ke hore Litho tse Khabane, le fuoe Lits’oants’o tsa Molao tsa Examinations Council of Lesotho Bill 2025 le Public Holiday’s Bill 2025. Li be li fetele Komiting e amehang ea Legislation, ea hao Ntate Hounarable Senator Motsamai.
  2.  Kajeno Litho tse Khabane re lebeletse hore ebe Matona a teng ho tla araba Lipotso tseo tse le li bonang in the Order Paper haeba li teng. Joale empa re bona eka re sa ntse re ba kototsa re utloe hore na hantle ba ho kae. Ha re ba bone ka hare ho Ntlo.

Ha e le hosane, 28 Mots’eanong, re lebeletse Letona lane la rona la Nts’etso-pele ea Sechaba, Tekano le Litaba tsa Bacha ho tla tsoela-pele ka Bill ea hae e ntseng e le teng holim’a Order Paper, ea Children’s Protection and Welfare 2023.

Hape Litho tse Khabane, Ofice ea lona ea Human Resource, e fane ka certificates tsa lona tsa tax, tseo ke kopang hore le li shebe le tle le bone hore na li nepahetse. Moo le bonang eka ho na le bothata teng, ke kopa le tle le kopane le eona Office eo e le hore e le thuse ho le tataisa hore na le ka sebetsa litaba tseo tsa lona tsa khafa joang.

Re boetse re na le kopo ea Setsi sa Toants’o ea Bobolu le Bomenemene (DCEO). Ba etsa kopo ea hore re le Office re ba thuse ka contact details tsa Litho kaofela, mohlomong ho na le communication e ‘ngoe eo ba batlang ho e etsa ho Setho ka seng.

Joale ho ntse ho na le Litho tseo re se nang emails tsa bona, le contacts tsa bona tse clear. Re se re kopa hore le mpe le be pelo e mongobo hore Ushers li tla ‘ne li tsamaee le lona hore le ngole details tseno, e le hore re tle re li fetisetse ho Setsi se joalo.

Re tla ema hanyenyane feela hore re tle re fe Tafole ea rona monyetla oa hore ba etse phone call, re tsebe hore na ho na le Letona le tlang sebakeng sa ho araba Lipotso tsena tseo ba neng ba ts’episitse hore ba tla li araba kajeno.

MADAM PRESIDENT: Litho tse Khabane, ntate Clerk o ntlalehela hore, Leader of the Houseo ntse a leka ho letsa a utloe hore na Matona ana a ho kaea ileng a ts’episa hore a tla tla araba.

 Ke ne ke kopa re phomotseng Ntlo 15minutes feela re ntse re ba emetse le karabo ea bona.

The House was suspended at 10:39am.

The House resumed

HON. MIN. M. NTS’EKHE: Ke ‘nete li-falicility tsa rona – Facility ea rona ea Mohlomi e maemong a sa khotsofatseng, empa se tl’o e tsoa ke hore ho ke kebe hoa fafatsoa hohle ka nako e le ‘ngoe. Hono ho ka behang batho tlokotsing. E leng ho re ho tla bonahala ts’ebelisanong- ‘moho le motho enoa oa rona, a tlil’o fafatsa hore na ke ba fe ba tla isoa ka lehlakoreng lefe nakong eo, ho ntseng ho fafalitsoe ka moo ba leng ka teng.

Taba joale, ke ho re ba tsebe hore ha ba e ea ka moo, e be joale ho feteloa sebakeng se seng ‘me ho tla lokela hore ho qaloe ka moo ho leng hobe haholo. E leng ho re bakuli ba rona ba Sepetlele sa Mohlomi, ha hona nako eo ba tlang ho fumanoa ba se ba le seterateng hobane ho thoe hoa fafasoa ka mane kahare.

Ke kopa Ntlo e Khabane, e tle e khobe mats’oafo hore Lekala le tla nka mehato e nepahetseng ho bona hore bakuli ba ntse ba hlokomelehile nakong eo, ka ho ba etsa rotate kahar’a facility eo re ntseng re e-na le eona. Potso ea Bobeli, ke hore na batho ba bangata ka mokhoa ona, ka mashome a makana, na ebe ba robala joang, kahar’a sebaka se sekaalo? Ho bua ‘nete feela ke bile kahar’a Komiti ha ke ntse ke le ka Paramenteng, pele ke fuoa thomo e ncha, ‘me ke tse ling tsa lintho tseo e sa le re ntse re ipotsa hore na taba ee, e etsahetse joang, ea Sechaba se sekaale kahar’a sebaka se sekaale?

Empa e se e etsahetse!

Ke mokhoa ona Lekala le ntseng le nka Mehato ena, ea ho batla batho, joale ho fokotsehe. Ua tseba ehlile ho thata le ho utloisisa hore na batho bano; na ba robala joang.

Boemo bo ka mono ehlile ha se boemo bo amohelehang ‘me Lekala la heso, le eme ka matla ho bona hore batho ba joalo ba fokotseha ho latela lipalo tse teng ka moo. Joalokaha re chulo, hore ba bang ke batho ba ntseng ba emetse feela Evaluation ‘me ba lokelang hore linyeoe tsa bona li fumane hore na ho etsahala joang joale ba tsebe hore ba fokotsehe. Ehlile ha ba robale ha monate hohang.

Le hona ho arolelana hoo, ehlile ba arolelana hoba joale tse teng ba lokela hore kaofela joaloka batho ba seng ba le sebakeng seo, ba senang boikhethelo ruri, ba bone hore ba ea phelisana, ba arolelana joang ‘me e leng eona ntho e ntseng e re bakela bothata. E leng ho re tharollo ea moshoelella, ke hore ha Lekala le ntse le itukisa ho etsa a better facility, bonyane Meoloane ea Nakoana e be hore lipalo tseno tsona, li bonahale li ea ka methati e lokelang hore ba fetele moo ba lokelang ho ea teng.

Ehlile ha se Maemo a lumelehang hang Mohlomphehi Madam President. E ‘ngoe hape ke taba ea thepa. ‘Maka-litaba, ena ea thepa, ho re na ba fuoa thepa hakae le hore na thepa ea bona e lekane, ehlile ke bothata bo boholo joalokaha ke boletse hore ba arolelana.  Thepa bo teng ba eona ka mono, e ntse e le leqeme ’me leqeme lena le ba boima haholo hore re ka le hlola hang-hang re le Lekala. Ha re ntse re e na le mathata a hore ha re kopa ho ekeletsoa mane, joale ebe ho tl’a be ntse ho thoe, re se re fihlile ho ceiling ea Budget ea rona.

Ehlile ho na le leqeme empa ts’epo e ntse e le hore le rona, re le Lekala ha re ntse re lula fats’e re lokisa le ho etsa re-prioritize welfare ea bakuli, e leng bona li-beneficiary tsa Lits’ebeletso tsa Bophelo, ebe re tla bona hore na re ntse re ikeletsa joang, re tlosa ho tse ling tse ka bang mohlomong ha li hloke immidiate attention. Empajoale eba re isa mona moo li hlokang hore li hle li ee ho batho, bao re reretsoeng hore re ba thuse directly. Kea leboha.

HON. SENATOR M. KANETSI: Ke u lebohe Mohlomphehi Madam President, Tafole ea hau le Litho tse Khabane. Mohlomphehi Letona le uena kea u lumelisa, ‘me ka ‘nete rea leboha for your presence le ho tla re lumelisa ka thomo e ncha, rea leboha ‘M’e.

What I also want to ask kapa ke utloe ke hore na batho ba 80 kaofela ka moo, ehlile ba lokela hoba ka moo? Ke batla hore ehlile ke utloisise hore e feela e lokela ho ba batho bao ho ka thoeng, ba lokela hoba ka moo hobane ba na le mafu a hlooho, kapa ba bang ba ile ba kena feela mohlomong ba na le khatello e temporary ea maikutlo, ea ba ba se ba kengoa ka moo, eaba ha ba sa tsoile? Ne ke batla ho utloa hore na mohlomong tsebong ea hau kapa liphuputsong tsa hau, na ebe taba ee, ea hore batho bao ba na le bothata kaofela ho joalo kapa taba tsee, li eme joang Mohlomphehi?

Kea leboha.

HON. MIN. M. NTS’EKHE: Kea leboha Madam President, ke lebohe Setho se Khabane ka Potso ea hae. Ho bua ‘nete feela joalokaha ke ile ka cho, batho ba bangata ka moo, ba hlile ba emetse feela Evaluation, joale Bahlomphehi, ke rata hore nke ke bue ka taba e kholo e ke bonang e re bakela mathata, eo re liehang ho e hlokomela! Re le Basotho, ke taba ena ea hore, le utloile akere Karabong ea ka ke itse setsebi sena, se bitsoang Psychiatrist, ke motho ea tsoang ka ntle ho naha.

E leng ho re re ntse re e-na le leqeme le leholo, haholo la batho kapa la bana ba Basotho ba etsang lithuto tse itseng, tse tl’o re thusa ho re hlolela mathata a rona hona joale, hore e be re tlameha re qetelle re mathela kantle ho feela e le tlhoko e kana kahare ho naha, hona ho bonts’a hore re le ‘Muso, re ntse re lokela hore re ke re nyakurele mane moo re ntseng re tsetela sebakeng sa hore bana ba ee sekolong hore na hantle ba il’o e tsa eng e hlokahalang hokae?

Joale bosieo ba batho ba na, ke bona bo re baketseng bothata. Ha se le hakakang hore batho bana ehlile ba lokela hore ebe ba kahar’a Setsi sena, ba emetse feela hore ho be le motho a fihlang mona a re motho enoa, ha ana bothata ba bokuli ba kelello, motho enoa o na le bothata-nyana bo ka lokisoang ka one, kapa two kapa ka three.

E leng ho re ha se hakakang hore batho bana ehlile ekanna eaba kaofela; ba lokela hoba kahar’a Setsi seno. Ho ntse ho emetsoe taba eo ea hore ho be le ho netefatsa, ho ba lekhotla lona ha le tl’o lokolla motho ka hore feela u mo shebile ka mahlo, u bona eka ekanna eaba oa kula kapa u utloa ha a bua, u utloa eka o na le bothata ba bokuli ba kelello.

Ho lokela hore hoa be ho etsoa ke Setsebi, e be sona se netefatsang hore ka ‘nete motho enoa ehlile o na le bothata kapa motho enoa ha a na bothata bo joalo. Kea leboha.

HON. SENATOR S. NKUEBE: Kea leboha Madam President, ke lumelise Letona le Khabane le Litho tse Khabane. Ke utloa litaba tse Mohlomphehi Letona a li behang ka pele ho Ntlo ena ea Senate, ke bile ke hopola hore ha se khale mona ha re ne re bua ka hore li-Institution tsa rona tsa thuto, ke nako ea hore li fetole mohlomong maoa a tsona. Ho na le li-Course tse ling, tseo e leng ho re ha li sa le eo ‘Marakeng.

Re na le li-Course tseo e leng ho re li teng ‘Marakeng joaloka eona ena a ntseng a e bua. Ke kapele hakae kapa ba se ba le mothating o fe oa hore ba ke ba eletse Litsi tse joalo, ho re ba kenyelletse litlhoko tse teng kahare ho naha hore li be le borupeli bo joalo?  E ‘ngoe hape ke utloile Letona le Khabane le bua hore ho na le batho – che, ke ka mokhoa a neng a hlalosa ka teng, ekare Setsi sena sa Mohlomi se na le li-patient tse ngata ho feta ka mokhoo se tlamehang se be ka teng haebe ke utloile hantle?

Joale ke ipotsa hore na ha ebe ha ho na le sebaka se seng se ka thoko kapa ha ho na le mokhoa o mong oa hore ba etse li-temporary structure, tseo e leng ho re li ka boloka bakuli bana ba ka Setsing seo sa Mohlomi? Ke hobane ke utloisisa hore batho bano ba ka moo, ba bang ba bona bokuli ba bona bo kotsi ho ba bang, le ho bona. Joale ke utloisisa hore ha ba nkuoa, ba petetsoa ka lehlakoreng le leng ba kotsi ho feta, ha ho ntse ho etsoa fumigate ka lehlakoreng le leng.

Ke hore e ba mathata a ts’abehang ho feta, joale ke utloa ho ba le matetetsonyana ka hloohong ka mona, ke kopa hore ka ‘nete le nako ke utloa u sa bue le nako hore na ho tla fafatsoa neng, ho qetoa neng le hore na li-movement tseno tsa hore litsebi tseo ho thoeng li tla batloa, li fuoe nako e kae hore na li tl’o qala mosebetsi neng, ke hore ke ee ke batle hore taba ea nako e hlake ‘M’e?

Kea leboha Madam President.

HON. SENATOR DR. T. LEBESE: Kea leboha hle Madam President, ke u hlomphe Mohlomphehi, ke hlomphe le Mohlomphehi Letona le Khabane le teng. Ka ‘nete ba se ba li behile Bahlomphehi haholo ‘M’e Mofumahali taba tsa potso ea ka, e se kampa ea ba feela hle, e se e hlaha e le ho Standing Order, Madam President.

Ke ea hore ha ke sheba 26(8),’M’e Minister o ntse a ts’oere litaba tsena hantle hle, Madam President feela e ne eka mohlomong hee, litaba tsena a ka li nka e tle e re ha a fana ka Karabo, ho Potso e ngotsoeng, ‘me e le Karabo ebe o se a kenyelletsa Lipotso tsena tsa Bahlomphehi. Lebaka leo ke chong joaloka lona Madam President, ke hore joale ‘M’e Minister ba u bitsitse sekoai, ‘M’e DPS kapa PS e ntseng e etsa act mono, ha u tle mona u le mong Mohlomphehi Letona, u se ke be oa ba lumella hore ba u etse joalo, ba tla u hatisa masepa a manamane.

Ha u tsoa Ofising, mohlanka a be a le kapele ho uena, u ba fumane ba le mona, ebe ba ntse ba u thusa ka likoantsanyane ho re u tl’o tsebe ho abela Lipotso toka. Hona joale tjena Mohlomphehi Letona le Khabane, ka ‘nete o ntse a arabela hantle empa o sa arabela ka experience feela ea hae ea Paramente because litabatsena tse ling, ka ‘nete ha li na ho ba teng. Ho e etsetsa toka taba ena Madam President, Mohlomphehi Letona le Khabane e tle e re ha u kenyelletsa Lipotso tsena ba tle ba u fe a written Comprehensive Report. Ke hore joale u tle u tsebe ho e romella. E n’e mpa e le Ntlha ea Tsamaiso, re ipapisitse le 26 (8) hore e tle e re ha a fana ka Potso eno, ka ‘nete e tle se ke ea mofokolisa hakaalo, feela u se ke be oa hlola u ba lumella Honourable Minister, u se kebe oa tla mona u le mong, u ba joetse hore ha u fihla mona ba be se ba le teng ka morao ka moo, e le hore ba tsebe ho u thusa.

Kea leboha.

HON. MIN. M. NTS’EKHE: Kea leboha Mohlomphehi, ho bua ‘nete feela ehlile bohlanka ba heso bo kabe bo le teng, empa maemo ao ke tlohang tlas’a ‘ona mane, ke qetelletse ke sa khone ho bua le bona hoba joale ke tsoa Cabinet, re sihile li-phone, batho ba ts’oereng phone ea ka ba ne ba se ba le sieo sebakeng sena, ba ka thokonyana bo Ha Matala.

Joale ke sitiloe ho bua le bona hore ba tle koano. Ka re ke mpe ke tate, ke tle ka koano empa bona ka ‘nete ke batho ba supportive haholo ebile ke batho ba nang le ts’ebelisano-’moho. Ka ‘nete ke kopa ts’oarelo ka taba ena hore kajeno re batlile litaba tsa rona li sa ts’oarehe hantle ‘me ke mpe ke kope – ke ne se ntse ke re ke tl’o kopa hore tse ling tsa Lipotso tsa Bahlomphehi ehlile hore ke li abele toka, ke tl’o lokela ho fumana li-detail tse kahar’a Tender ena, eo re e nts’itseng le hore na mohloli oa rona hantle o re ts’episitse hore o tl’o etsa Mosebetsi ona, ka tsela e joang.

E leng ho re Ntlo e Khabane ho re e tle e utloe le ho kholiseha hore ehlile polokeho ea bakuli; re e behile pele litabeng tsena. ‘Me ke kopa hore ke tle mpe ke cheche ka tsona Likarabo tsa Bahlomphehi, ke tle ke tle le tsona li ngotsoe, li hlakile ka letsatsi le leng ‘moho le ena ea hore na ha ho bonahala litsebo tseo re nang le tsona kahar’a naha ka mona li hlile, ha li matahane hantle le litlhoko tsa hona joale hore na ebe ‘Muso o ntse o sebetsa litaba tse joalo joang tabeng ea Skills’ Mismatch. Ke kopa le eona ke mpe ke cheche ka eona ho re ke tle ke e abele toka, ke tle ke tsebe ho le fa litaba tse hlakileng holim’a eona. Kea leboha Mohlomphehi

HON. SENATOR M. MOKHATHALI: Kea leboha Madam President, ka ‘nete ke se ke hula Potso eo ke ne ke re ke tl’o botsa, e le ho mo tlatselletsa ka eona.

118. FEEDBACK ON THE IMPLEMENTATION OF LESOTHO DUAL CITIZENSHIP INTRODUCED BY FIFTH AMENDMENT TO THE CONSTITUTION, 2018.

Question deferred!

HON. SENATOR M. MOKHATHALI: Kea u hlompha Madam President, ke hlompha le Tafole ea hau, ke hlompha le Letona le lecha leo re le lebohelang haholo. Ka lehlohonolo, ke le Letona le sa leng lecha lilemong. ‘Me re ts’epile ka ‘nete hore o tl’o matha ka lebelo le leholo; le bonts’ang bocha ba hae.

Ke ema mona, ho botsa Potso ea 119.

119. NEED FOR MENTAL HEALTH PROMOTION AND ILLNESS PREVENTION STRATEGIES

“To ask the Minister for Health, if she is aware that Lesotho adopted a National Mental Health Policy, but service delivery remains limited.  If so, can the Minister outline the main obstacle currently hindering its full implementation, specifically in terms of Budget allocation, trained personnel, infrastructure, medication supply and community awareness.

Also, what concrete steps is the Ministry taking to address each of these barriers in the 2026/2027 financial year?”

HON. MIN. M. NTS’EKHE: Kea leboha Mohlomphehi, Karabo ea Potso ea 119, e eme ka tsela e latelang: Lekala la Bophelo le entse Leano la Naha la Bophelo bo botle ba Kelello, ‘me leano lena le se le amohetsoe ke ‘Muso. Lekala le ntse le sebetsa ho bona hore Leano lena le ea phethahala, Lits’ebeletso tsa Bophelo bo Botle ba Kelello li ntse li tobane le liphephetso likarolong tse ling, ea pele;

  • Lekala la bophelo le ntse le lokela ho etsa moralo oa ts’ebetso (Action Plan) e nang le likhakanyo tsa lichelete ho phethahatsa leano lena. Moralo ona o ile oa hloloa ho phethoa selemong se fetileng sa lichelete ka lebaka la khahello ea lichelete le khahello ea basebetsi lefapheng la Meralo.

Ho rarolla sena Lekala le se le hloaile ofisiri e ikarabellang ka ho khethela litaba tsa moralo ho ts’ehetsa ea Lenaneo la Bophelo bo botle ba kelello ho tla ba le phutheho ka la 21 Mots’eanong 2026 e le ho tla shebisana le ho lumellana ka moralo oa ts’ebetso (Action Plan) ‘me tebello ke hore moralo ona o tla be o phethetsoe kotareng ena ea pele ea selemo sa lichelete sa 2026/2027.

  • Ea bobeli, mabapi le kabo ea lichelete Lefapha la Bophelo bo botle ba kelello le ntse le na le khaello e kholo, chelete e ntse e sa lekana ho khahlametsa litlhoko tsa thibelo, khothaletso, kalafo, tlhokomelo le tlhabollo mafung a kelello.

Leha ho na le bothata bona lekala le ntse le tsoela-pele ho fana ka lits’ebetso tsa bophelo bo botle ba kelello ntle le tefiso litsing tsa bophelo naha ka bophara. Basebetsi ba bophelo ba boetse ba koetliselitsoe ho kenyeletsa lits’ebeletso tsa bophelo bo botle ba kelello lits’ebeletsong tsa letsatsi le letsatsi.

  • Ea boraro, Lekala la bophelo le boetse lena le qholotso ea litsebi tsa Basotho litabeng tsa bophelo bo botle ba kellelo haholoholo lingaka tsa mafu a kelello (psychiatrist) morero oa nako e telele ke ho koetlisa Basotho ho matlafatsa lits’ebeletso tsena ele hore li fanoe ke litsibi tse utloisisang hantle maemo le setso sa Basotho.
  • Ea bone, meriana eohle ea mantlha e thathamisitsoeng lenanehong la meriana ea mantlha (essential medicine list) entse e fumaneha hantle ka ts’ebelisano ‘moho le NDSO (National Drug Service Organization).  Meriana ena e fanoa mahala litsing tsa bophelo; leha ho le joalo, lekala le amohela hore hona le meriana e meng e sa fumaneheng ka hare ho Naha eo bakuli ba ithekelang eona naheng ea Africa Boroa ‘me taba ena eka ama tsoelo-pele ea kalafo bakeng sa bakuli ba bang. Lekala le ntse le etsa litokiso tsa hore meriana e joalo e qetelle e fumaneha ka hare ho Naha.
  • Ea bohlano, mabapi le tlhokomeliso le likhothaletso tsa bophelo bo botle ba kelello sechabeng, lekala lena le li ofisiri tse etsang mats’olo a tlhokomeliso le thuto sechabeng. Baoki ba mafu a kellelo literekeng ba nka karolo likopanong tsa sechaba mananehong a bophelo bo botle likolong le litsing tsa bophelo ka kakaretso.
  • Ha ngata ts’ebetso ena e ts’ehetsoa le ho tlatselletsoa ke balekane ba Lekala la tsa Bophelo (our Partners) le likhoebo tse ikemetseng (private sectors); leha ho le joalo, lekala le ntse le na le mathata a ho nts’etsa pele mats’olo ana ka lebaka la khaello ea makoloi le lichelete ho ts’ehetsa mananeho a sea-le-moea le a macha a bophatlalatsi ba litaba.
  • Ea bots’elela, mabapi le meaho Lekala le ntse le sebetsa ka matla ho atolosa meaho ea bophelo bo botle ba kelello ho kenyeletsa le morero oa ho aha sepetlele sa bophelo bo botle sa boemo ba machaba. Bo mphato lits’ebeletsong tsa bohelo (Partners in Health) ba re ts’episitse ho thusa Lekala ho nchafatsa likarolo tse ling tsa sepetlele sa Mohlomi. Lekala le boetse le rerile ho tsosolosa mafapha a mental observation and treatment units (M.O.T.U.) literekeng moo li ne ng li ntse li sa sebetse. Selemong sena sa lichelete Lekala le tlo etsa tse latelang ea pele:
  • Ho phethela moralo oa ts’ebetso (action plan) le khakanyo ea lichelete tsa moralo o joalo.
  • Ho matlafatsa botataisi le botsibi litabeng tsa mafu a kelello
  • Ho matlafatsa lits’ebeletso tsa bophelo bo botle ba kelello le ho netefatsa hore li fanoa ‘moho le lits’ebeletso tse ling tsa mantlha tsa bophelo.
  • Ho ts’ehetsa koetliso le nts’etso-pele ea basebetsi ba bophelo bo botle ba kelello
  • Ho ntlafatsa meaho ea tlhokomelo, tsosoloso le tlhabollo ea batho ba mafu a kelello
  • Ho matlafatsa phumaneho ea meriana

Lekala la Bophelo le ikemiselitse ho matlafatsa lits’ebeletso tsa bophelo bo botle ba kelello le ho netefatsa hore lits’ebeletso tsena li ba bonolo ho fihleleha ho arabeloa litlhoko tsa sechaba sa Basotho. Kea leboha, Madam President.

HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE: Kea leboha, Madam President, ke u hlomphe, ke hlomphe Tafole, ke hlomphe Honourable Minister le Litho tse Khabane. Mohlomphehi ke mametse ka hloko ha Mohlomphehi Letona le Khabane a arabela Potso ena ea Setho se Khabane haholo mona moo ho neng ho buuoa ka litaba tsa implementation, ke ho re liqholotso tse ka amang ho kena ts’ebetsong hoa litaba tsena, hoa maano ana a bophelo.

Ke ne ke re na Letona le Khabane ha a sheba haholo 2 ena ea (ii) ena e hlahang ka har’a potso ena, hore na ha a sheba ebile ke bona eka li tsamaea concurrently le ena e buang ka litaba tsa the term of budget allocation joale ke re na ha a bone eka e ka ba bohlale ha litaba tsee li ka sebetsoa ka tsela ea theolelo ea matla sechabeng?

Taba ena ke e bua hobane ke re na Letona litabeng tsena tsa theolelo ea matla sechabeng, ho na le libaka, na o hlokolosi hore kapa o hlokometse hore ho na le li-clinic tse ileng tsa ahoa nakong ela ea Millennium Challenge Account ha e qala ho fihla ka hare ho naha, libakeng tse ling tseo e sa fihleleng nka etsa mohlala ka haeso moo ho thoeng ke Ha Kosetabole, ka loting ka koana.

Libaka tseno e ntse e le liemahale tse se ntse li senyeha feela li sa ka tsa sebelisoa le ho sebelisoa, joale ke re na ha a bone eka e ka ba bohlale hore ho etsoe theolelo ea matla sechabeng. Bohle ba sebetsang le baetapele ba litsi tsa bophelo metseng le baoki bohle ba be ’moho le Baeta-pele ba sechaba hore ba sebetse taba ena na?

HON. SENATOR M. MOSHOESHOE: Madam President of the Senate it’s a norm ea Ntlo ena ea Senate hore owner of the question ha a botsitse Potso ebe eena ea fuoang tokelo ea mantlha ea ho nyanyeletsa. ’M’e Mohlomphehi Senator ’M’e ’Mabataung o botsitse Potso Letona le Khabane le pele a nyanyeletsa eaba u kenya Morena oa Leribe ka ho nyanyeletsa. Ke ne ke re kea mo kopela e ka ‘na eaba eena tsamaiso e joalo ha a e-s’o e hlokomele joale ‘na ke e hlokometse, a mpa a fuoe monyetla e tle e re ‘M’e Letona ha a araba monga Potso a ke a je lefureng. Kea leboha.

MADAM PRESIDENT: Honorable Senator Moshoeshoe, ha Letona le qeta ho araba Potso ke ile ka isa mahlo a ka ho Honourable Senator ke mo botsa na o na le Potso e nyanyelletsang ea ba ke bona a nchebile feela. Ke ile ka re Potso e nyanyeletsang eaba o… ache e se e le an after thought o itse ha na letho ke ile ka ipakela… ke kopa Litho tse Khabane hore ha a se a na le phetoho ea maikutlo a bolele; empa ruri ke ile ka etsa joalo.

Esale ke tsepamisitse mahlo a ka ho eena ka khopolo ea hore o tla ema kapa o tla re ka ba ke re oa nyanyelletsa ka bona a ncheba feela ka lumela hore ha a na Potso empa moo ke tla re Letona le fetele Potsong e ‘ngoe eaba ke utloa Honorable Senator Morena oa Leribe a batla ho nyanyeletsa joale I am still in order. Kea u fa haeba u se u na le phetoho ea maikutlo, Honorable Senator.

HONOURABLE SENATOR M. MOKHATHALI: Kannete ke a u hlompha Madam President, ache u tsebe ke ne ke ntse ke emetse hore ke tla utloa ho thoe potso e nyanyeletsang ha kea e utloa hohang kannete.

Ke maketse ke li ts’oere mona… Ke maketse feela ke ntse ke tona mahlo ke re ho etsuoang joale, kea leboha. Kannete lipotso tsa ka tse nyanyeletsang ke qale ka hore Mohlomphehi Letona o arabile Potso ena eo ke neng ke e botsitse ‘me likarabong tsa hae ke utloile lintho tse nkhothatsang tse ngata. Mohlala taba ena ea hore mental health o tlo etsoa integrate ka hara primary health ke utloa e le taba ea bohloka le eo sepetlele, le Action Plan e entseng e rereloa hore e tlo kena ts’ebetsong.

Ke litaba tsa bohlokoa ‘M’e ha u li bua pampiring re se re tla lebella ka kotloloho haholo hore re bone hore na ha li se li kene ts’ebetsong li re tsoalla namane e joang ‘me re shebile ka mahlo a chatsi empa leha ho le joalo ke utloile tse ntle tsena tseo u li bolelang.

Ke ne ke mpa ke re taba ea mental health uena u le Letona ha u bone eka taba ea mental health e fihlile mothating oo e leng national crisis hobane kannete ha re sheba litaba tse etsahalang re bona eka ha esale taba eo e kang eka sebetsoa feela ka hore ebe le policy ena eo u reng e tlo qala hore joale ebe implemented eba… ’na ke utloa eka ho s’o nts’o ho lokela hore ho hlake ho mafapha a mang kaofela ka bobuelli ba hau hore taba ena ea mental health kannete e re ts’oere hampe re le sechaba.

Haeba bana ba banyenyane ba bo-primary school ba se ba bonts’a mats’oao ao u makalang hore na molato ke’ng? Re bona banna le basali ba bolaeanang ka tsela eo u reng ache e ke ke eaba hore feela ke botlokotsebe. E ka ‘na eaba ho se ho na le ntho e ‘ngoe eo re sa e hlokomeleng.

Na ebe ho ke keng hoa e-ba bohlokoa hore u ke u etse flag holimo hore taba ea mental health mafapha ‘ohle a ka amehang a tle a bonahale a ka tseba ho kopana ‘moho ho buuoe ka taba ea mental health hore e mong le e mong a bone hore na lehlakoreng leo a leng ho lona a ka kenya letsoho joang?

Ntlha ea bobeli, ke hore leha u ntse u itse e tlo etsa integrate kahara primary health, ‘na ke ne ke bona eka ho latela mental health ka mokhoa oo o leng ka teng na ha o bone eka ehlile ho molemo hore ho ke ho be le unit? Kea tseba hore health mono ho ne ho na le unit e neng e sebetsana le litaba tsa HIV and AIDS ka nako eane eo e neng e re hlasetse haholo; ha u ntse u etsa tse ling na e ke ke ea etsahala hape hore ho ke ho be le unit ea batho ba tla ba dedicated hore ba ka hla ba bona hore litaba tsa mental health li ea sebetsoa?

Ea boraro, ke hore ha u ntse u… kea botsa hore na u ke keng oa kopana hape le litsi tsa thuto mohlomong Bahlomphehi ba bang ba se ba buile hore litsi tsa thuto li ke li bone li utloisise taba ena ka mokhoa oo e seng e le crisis ka teng hore li mpe li potlakise hore li bone hore ho koetlisoa batho ba tla tla ba sebetsana le taba ea mental health empa ho feta mono hape, ke hore ho eketsoe matla a ho etsa research hore na moo ehlileng phoso e leng teng ke hokae?

Ke botsoaling, ha re holisa bana ke hokae, ke ngatafalo ea li-drugs? Ke kae? Ke bofutsana; ke hore ho ke ho hle ho be le ntho e hlakileng e ka etsuoang ea lipatlisiso hore na taba ena e etsang hore taba ea mental health joale e se e le kana-kana ebe ke botaoa, haeba ke botaoa re ke re mpe re tsebe hore na ntho e etsang hore mental health e bonahala joale eka re se re sa tsebe hore e na re etsa joang ke’ng e le hore e tle re ha Lekala la hau le ntse le kopanya likarabo tse tla tseba ho loants’ana le bothata bona, bonyane ra be re na le research e scientific hantle e entsoeng, e fumaneng hore na keketseho e kana-kana ea mental health ka hara naha e bakoa ke eng.

Kea leboha.

MADAM PRESIDENT: Rea leboha, Honourable Minister.

HON. M. NTS’EKHE:  Kea leboha, Mohlomphehi.  Ke leboha lipotso tsena tse nyanyeletsang.  Ke mpe ke bue ka comment eo Setho se Khabane se e entseng pele se botsa lipotso e leng ea ho re ho bua ke ntho e ‘ngoe, ho phethahatsa le hona ke e ‘ngoe e fapaneng, e leng eona e bohlokoa haholo eo re hlileng re e shebang re le Basotho hore ha ho ile oa buuoa, na li tla hle li etsahale.  Ena e hloka Lekala la haeso ho abela Basotho le Ntlo e Khabane toka litabeng tsa phethahatso. 

Ka’nete ke boitlamo ba Lekala hore tsena kaofela li tla phethahala.  Joalokaha ke boletse hore tse ling ebile li se li ntse li ts’oaretsoe likopano, re tla be re se re ntse re fumana litlaleho le ho li sala morao hona joale.

Ke mpe ke qale ka potso ea Setho se Khabane e neng e nyanyeletsa e leng ea pele – ena ea hore ho bonahala ho na le keketseho e kholo haholo ea mafu a kelello, na ebe Lekala ha le bone eka ke nako ea ho bonts’a taba ena e le tlokotsi, ‘me e ka nkoa e le a national crisis.

Ho bua ‘nete – kea kholoa ntho eo batho ba liehang ho e utloisisa, Mohlomphehi, ke ho re phapano lipakeng tsa bophelo bo botle ba kelello le bophelo bo seng botle ba eona e ka lekanngoa feela le bosesanyane ba pampiri ena eo ke e ts’oereng.  E leng ho re motho a ka ts’ela neng kapa neng. 

Hona ho re bokulo ba kelello ha bo shebe boemo, ha bo shebe lebala, ha bo shebe hore na u molelele kapa u mokhuts’oanyane hakae.  Ha bo shebe hore na u ts’oere mangolo a makae a sekolo.  Ehlile ha bo na moeli.  E leng ho re e mong le e mong oa rona o tlokotsing ea hore a ka ts’ela mola, a fetela ka lehlakoreng lane la bophelo bo seng botle ba kelello. 

Lintho li ngata haholo tse susumetsang joale ka ha Bahlomphehi ba ne ba se ba ntse ba li beha tse ling tsa tsona, tseo e leng lipelaelo hore ebe e ka ba taba ee ea ts’ebeliso ea lithethefatsi; ebe e ka ba taba ea maemo a boima haholo a imelang batho kahar’a malapa; ebe e ka ba litaba tsa likhohlano tsa likamano, ehlile ho bua ‘nete lintho li ngata haholo tse ka etsang batho hore ba ts’ele mola, ba ts’elele ka lehlakoreng lane.  Ho latela ho thatafala hoa maemo a bophelo, u bona lintho tse joalo li ntse li eketseha.  

E leng ho re Lekala la haeso for advocacy, re hlile re ts’oere ka natla haholo ho bona hore Basotho b’a elelloa.  Ehlile re hloka awareness hore taba ena e teng, le hore re ts’ehetsane hore re e fete.  Ka’nete rea ananela ha e le mona Setho se Khabane se bonts’a hore re ntlafatse kapa re matlafatse litaba tsa rona ha re ea re shebile le hore na re pharalatsa joang molaetsa ona oa hore ehlile taba ena ke a national crisis.

Ea bobeli ke ea hore na ebe mohlomong re ka se be le setsi se shebanang ka kotloloho le litaba tsa bophelo bo botle ba kelello.  Karabo ke ho re ho bua ‘nete, ehlile that would be ideal.  Lekala la haeso le ananela ho fumana maikutlo ana le boeletsi bona ba hore har’a e meng ea mehato eo re e nkang, e ke e be ena ea ho etsa setsi se seholo se ikarabellang litabeng tsena.  Ehlile moo ho se nang ea ts’oereng litomo, moo ho se nang moo ho ka thoeng joale setsi seo ehlileng re se shebileng ke sena, ehlile ho ka ‘na hoa ba le ho lieha hoa hore lits’ebeletso li fihle le hore sechaba se tsebe hore na ho etsahala’ng.  Rea ananela hore mohlomong Lekala la haeso le ka shebela taba ena haufi le hore na ebe e ka kenngoa ts’ebetsong ka tsela ea mofuta ofe.

Ea boraro eo Setho se buileng ka litsi tsa thuto – joale ka ha re se re buile hore ho bonahala ho na le bothata ba hore re ntse re ruta bana ba bangata haholo ba Basotho, empa e ka ‘na eaba re ba rutela lintho tseo re sa li hlokeng tsatsing lena, kapa moo re seng re ntse re na le bana ba bangata ba seng ba ntse ba lutse hae holim’a tsona.

Ena ke eane eo ke ileng ka kopa ho e nka mofao ho fumana ka botebo hore na ‘Muso oa Lesotho o mothating ofe ho etsa skills matrix kahar’a naha ka mona.  Ho ke ho bonahale hore na hantle litsebo tseo re nang le tsona ke life, litsebo tseo re li hlokang ke life.

Ke tla etsa mohlala o monyenyane – ho na le bana ba eang sekolong ho ea ithutela ho lokisa mechini ena e sebetsang lipetlele mane le litliliniking.  Ua tseba ha u ka fihla ka moo ke mathata feela, u tl’o fumana hore boholo ba batho ba rona ke batho ba tsoang ka ntle, bana ba rona ba teng malapeng, ba entse lithuto tse fapaneng ka lichelete tsa sechaba, empa ho ntse ho na le bothata bono boo ‘Muso o lokelang hore o ke o bo shebele haufinyane ho bonts’a hore na bana bana re ka ba etsa re-skill joang leha e se e le bane ba seng ba ntse ba le hae, hore ba ke ba arabele – li-skill tsa bona li arabele litlhoko tsa hona joale.

Ntlha ea ho qetela eo Setho se Khabane se botsitseng ka eona ke taba ena ea ho matlafatsa lipatlisiso.  Nakong eo ke neng ke ntse ke le ngoan’a sekolo ke ne ke tseba hore ho na le ntho e bitsoang evidence-based practice, eo ke tsebang hore ha ho na mohla ke emang mona ebe ke re ke etsa tjena, feela ebe ha ke na ts’ehetso ea hore na ntho ena ke e etsa ka mabaka afe.

E leng ho re re le naha re ntse re lokela ho tla ka maoala ’ohle re bone hore re potlakela litaba tsa lipatlisiso.  Ke ka lipatlisiso re tla utloisisa botebo ba mathata a rona.  Ke ka lipatlisiso ekasitana le ho thetsana ka mahetla le linaha tse ling tseo re bonang li se li iphihletse litabeng tsena tsa bophelo bo botle ba kelello moo re ka fananang ka malebela, ra nyanyeletsana hore na ebe bona ba fetile joang bothateng bona bo tjena. 

Ho bua ’nete ehlile hona joale re na le bothata ba mafu ana a kelello, le kahar’a mesebetsi, ehlile ho na le motho eo u tla bona hore ka’nete ho na le bothata ho eena ua tseba leha u mo shebile feela ebe ke bothata.  A ka u tsotella ka hore na u mo shebile’ng. 

Re na le batho bao e seng e le bafu letsatsing la kajeno, ba bolauoeng ke motho, hobane a re feela na o mo shebile’ng.  E leng ho re ha re sa le mothating oo re ka shebang taba ena feela, eaba re nahana ke tabanyana e nyane.  Ehlile lipolaeano li phahame ka tsela e makatsang, ka maemo ao u sa tl’o a utloisisa.

Ha ke etsa mohlala, Mohlomphehi, ha u utloa ho thoe ho na le ngoana ea lilemo li mashome a mabeli a mets’o e ‘meli (22) ea thuntseng motho; ea re a se a ntse a mo thuntse, a ‘molaile, eaba o nka selepe joale oa mo ratha.  It cannot be normal. 

Kutloisiso e se e ntse e le hore ehlile ho na le lintho tse ngata haholo tse amang bophelo ba rona bo botle ba kelello, ‘me tse etsang hore joale ebe batho ba ts’ela mola, ba se ba iphumana ba fetetse ka lehlakoreng lane le ka nq’ane.

Ka’nete re le Lekala la Bophelo re etse taba ena hloko hore le kahar’a mesebetsi ka mona re lokela ho kena, ‘me re thusane re le Basotho hore re hlokomelisane ka bothata bona. 

Kea leboha.

MADAME PRESIDENT:  Na ela ea Morena oa Leribe, u ntse u e hopotse, Letona le Khabane?

HON. M. NTS’EKHE:  Mohlomphehi, ke kopa ts’oarelo.  Ke mpe ke arabele potso ea Morena oa ka.  Mohlomphehi, taba ena ea decentralization, ke hopola hore le letsatsing la maobane feela ka mane ka Ntlong ea Bakhethoa, re ne re ntse re bua ka litaba tsena.

Ke boele ke hopole hape hore le litabeng tsa tlhopho-bocha ke e ‘ngoe ea lintho tseo Basotho esale ba lla ka tsona, ‘me tseo e leng sekoloto se seholo sa Paramente ea Lesotho ho bona hore litaba tsena li ea etsahala.

Ha se ntho eo u ka e utloang hore na e etsahala joang ea hore e re setsi sa bophelo se motseng mane ha se lokela ho reka hlooho ea pompo, ebe se tlameha ho tsamaea methati ena kaofela e tlang ‘Musong o Moholo, ke bua ka hlooho ea pompo e sa feteng M100.  Ehlile ho na le lintho tseo u tla bona hore tharollo ea tsona e ka ba theolelo ea matla sechabeng.

Kea hopola hore hanyenyane feela Paramente ka Komiti ea Molao e na le litaba tsena Tafoleng ea bona ka mane ka Ntlong ea Bakhethoa, tse lokelang hore li ke li nyakureloe le ho sebetsoa ka matla ho bona hore na hantle re kena joang litabeng tsena tsa theolelo ea matla sechabeng, ho bona hore litsi tsena tsa bophelo tse ahuoeng li ngata haholo. 

Ka lehlohonolo Lekala la haeso ka hobane le kene mosebetsing o mong o moholo hape oa ho bona hore re etsa ntho e bitsoang GIS mapping, eo re tl’o boela re etsa identify hape hore na litsi tsena tse seng li sa sebetse li hokae, libaka tseo li leng ho tsona, batho ba moo ba ntse ba fumana lits’ebeletso tsa bophelo hokae, hobane litsi tsee li ntse li sa sebetse?  Ho hlokahala’ng? 

E leng ho re ho tla boela ho re thusa hape ho fokotsa hore mona moo re neng re se re ntse re na le hore hona joale ebe ha ho sebeletsoe, ebe Basotho ba ntse ba sotleha, feela lichelete tsona li tsoile le bafani ba fane hore Basotho ba fumane lits’ebeletso tse joalo.

Kea leboha, Mohlomphehi.  

120.         NEED FOR CONTINOUS ACCESS TO INCLUSIVE EDUCATION BY CHILDREN WITH DISABILITIES was deferred.

121. REGISTRATION AND COORDINATION OF WOMEN’S ORGANISATIONS IN THE COUNTRY was deferred.

MADAME PRESIDENT:  Ruri joale ka ha ke utloile ho na le Setho se seng se ileng sa bonts’a hore ka’nete Letona le imelitsoe, ke tlatsa eno ea hore ka’nete le ile la imeloa.

Re utloile hore Letona le itse letsatsi lena ba tseba e le la Lipotso ka mona, ‘me Cabinet e lula ka Labobeli, ‘me haeba ka ts’ohanyetso ho ile hoa etsahala hore Cabinet e boele e lule hape ka Laboraro, ho’a bonahala hore joale ba ne ba ke ke ba lokoloha kaofela.  A le mong o ne a lokela ho tla tima mollo ka mona.

Letona le Khabane, rea u leboha, u entse mosebetsi o moholo haholo.  Ke kopa ba sk’e ba u khathatsa, u tsebe ho mamela.  Litaba tsena tsa Lekala la Health ka kakaretso, ke aka litaba tsa Senator Mokhathali ha a re ka lebaka la lilemo tseo u leng ho tsona le hore u fuoe mosebetsi Lekaleng le pharalletseng haholo, re na le ts’epo e tiileng ea hore u tla matha ka lebelo, nako e se e jele babeli.

Letona le Khabane, u buile ‘nete hore tse ling tsa tsona tse akhang theolelo ea matla, li ea hlaha ka har’a Tenth Amendment, ‘me implementation ea eona kapa kahar’a li-reform in general, theolelo ea matla ehlile, kapa implementation ea Tenth Amendment lies entirely on us as Parliament

Ke mosebetsi oa Paramente ea Leshome le Motso o Mong hore ha re fihla ka nq’ane ho Term ena, le be le phethile ts’episo eo le e entseng ho sechaba sa Basotho ea hore ha Molao o ile oa feta oa Tenth Amendment ka katleho, joale ebe le implementation e bonahale e etsahala e akang provisions tsa eona.  Ke boikarabello ba rona bohle re le Paramente ena ho phethahatsa taba eo.

Litaba tsena tseo Litho tse Khabane li botsitseng Letona le Khabane, tse ling tsa tsona Dr. Lebese o se a kopile hore u tle u li ngole fats’e, haholo tsena tse nyanyeletsang, li tle li tle, mohlomong in the form of a Statement also, hore tseo ebang li ne li salletse morao, u tle u li hlakise, e le hore Litho li tsebe ho isa Likarabo ho sechaba se metseng mane moo ba phelang hona teng.

Ha e le tse ling tsohle tsona re na le ts’epo eohle hore li u tents’itse ts’eea.  Ka lipotso tse nyanyeletsang re tents’a Letona ts’eea hore le bone.

Re ntse re kopa le rona hore ha u ntse u potoloha le libaka, u etsa assessment tsa mental health, u qale mona Paramenteng.  U ka ‘na ua fumana bakuli ba bangata haholo.  Rea leboha, Letona le Khabane.

Litaba tsena li re fihlisa qetellong ea mosebetsi oa rona oa kajeno e leng oa Lipotso. 

Ntlo e tla phomola ho fihlela hosane ka 10:30 hoseng.

ADJOURNMENT

Thereupon, Madame President adjourned the House without Question put, pursuant to the Standing Order No. 16 (3).

The House was adjourned at 12:10 p.m.