KINGDOM OF LESOTHO
PARLIAMENTARY DEBATES
SENATE CHAMBER
DAILY HANSARD
OFFICIAL REPORT OF THE SENATE
FIRST SESSION – ELEVENTH MEETING
ELEVENTH PARLIAMENT
Tuesday, 30th April, 2026
LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG
| 1. Hon. Seeiso B. Seeiso | Principal Chief of Matsieng |
| 2. Hon. Joel A. Motšoene | Principal Chief of Leribe |
| 3. Hon. Sempe Gabasheane Masupha | Principal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan |
| 4. Hon. Mamolapo M. Q Majara | Principal Chief of Ha Majara |
| 5. Hon. Tumane Matela | Principal Chief of Makhoakhoeng |
| 6. Hon. Moeketsi Moletsane II | Principal Chief of Taung |
| 7. Hon. Lerotholi Mathealira Seeiso | Principal Chief of Mokhotlong |
| 8. Hon. Lerotholi L. Seeiso | Principal Chief of Likhoele |
| 9. Hon. Theko D. Bereng | Principal Chief of Phamong |
| 10.Hon. Mojela T. Makhaola | Principal Chief of Qacha’s Nek |
| 11. Hon. Seeiso S. H. Nkuebe | Principal Chief of Quthing |
| 12. Hon. Nthupi A. Bereng | Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote |
| 13.Hon. K.L.K Khoabane Theko | Principal Chief of Thaba-Bosiu |
| 14. Hon. Mitchel S. Maama | Principal Chief of Ha Maama |
| 15. Hon Moholobela M. Moholobela | Principal Chief of Matelile |
| 16. Hon. Bereng G. Seeiso Api | Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake |
| 17. Peete Lesaoana Peete | Principal Chief of Koeneng le Mapoteng |
| 18. Hon. ’Mako T.Mohale | Principal Chief of Tajane, Ha Ramoetsana le Ha Mohale |
| 19. Hon. Khoabane T. Mojela | Principal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso |
| 20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli | Principal Chief of Botha-Bothe |
| 21. Hon. Pontšo S. Mathealira | Principal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere |
| 22. Hon. Qeto Sekonyela | Principal Chief of Malingoaneng |
| 23. Hon. ’Mawinnie Kanetsi | Senator |
| 24. Hon. Lebona Khoaele | Senator |
| 25. Hon. Thabiso Lebese | Senator |
| 26. Hon. ‘Maphakiso Lebona | Senator |
| 27. Hon. ’Mabataung Patricia Mokhathali | Senator |
| 28. Hon. Sehloho Henry Monatsi | Senator |
| 29. Hon. ‘Makholu Moshoeshoe | Senator |
| 30. Hon. Neo Matjato Moteane | Senator |
| 31. Hon. Seabata Motsamai | Senator |
| 32. Hon.Richard Ramoeletsi | Senator |
| 33. Hon. Limpho Tau | Senator |
PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO
SENATE CHAMBER
Tuesday, 30th April, 2026
The House assembled at 10:30 a.m.
(MADAM PRESIDENT in the Chair)
PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer
ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR
MADAM PRESIDENT: Litho tse Khabane, ke kopa ke le lumelise le ho le amohela tulong ena ea kajeno, ke na le litsebiso tse latelang:
- Kajeno re ne re lebelletse hore Letona joalokaha le ne le kopile ho tla etsa Polelo ka koano le tla be le se le le teng, e tla be e le Letona la Machabeng. Le tla hopola hore maobane ha ba ne ba araba Lipotso o ile a ts’episa hore o tla khutla ka Polelo eo le e kopileng le eo a e entseng ka mane ka Ntlong ea Bakhethoa.
- Litho tse Khabane, ka morao ho mosebetsi oa kajeno oo re o boneng ho Order Paper re tla ba le Tulo e khethehileng eane eo re ileng ra bua ka eona moo re tlo amohela Little President ea selemo sa 2025/2026 ‘me o felehelitsoe ho tla amohela term ea hae ke Former Little President of 2024/2025.
O boetse o felehelitsoe ke bahlomphehi bana ba latelang bao ke tla kopa hore ha ke ba bolela ba tle ba eme le ba bone le ba amohele ka liatla: Little Prime Minister Bohlokoa Molai, ke ne nka ka lakatsa hore television nakong eo ke bitsang lebitso la motho e shebe ka ho eena e le hore Litho tse ling tseo ebang li mo furalletse li tle li ‘mone.
Ke kopa hore a ntse a eme joalo ba mo furalletseng ba tle ba tsebe ho ‘mona re shebise ka ho eena. Oa bobeli ke Compol Hlompho Motsamai. Oh! she went to the bathroom, o tla khutla ebe re na le Little Chief Justice Khauhelo Nchere, ke eo Litho tse Khabane! Re boetse re na le Majoro oa teropo Reatile Makhetha. Ho feta moo re na le Little Chaplin le eena o ile bathroom, re boetse re na le Clerk of the Senate, re lebohile rea le amohela.
- Tsebiso ea ho qetela ke ea hore litho tsa Women Caucus li ea mengoa ka Monday 4th May 2026 ka 09:00 hrs li memeloa ka boardroom e ‘ngoe ka Ntlong ea Bakhethoa moo teng ba il’o buisana ka molao oa Counter Domestic Violence 2022 le mafapha a amehang ‘me Litho tsohle li ea mengoa. Hangata le ha re itse Women Caucus haeba ho na le Litho tse ling tsa bo-ntate tse nang le thahasello li ka ea tsa kenya input ea tsona molaong oo e le hore o tle o tle kahar’a Ntlo o s’o le manoni. Pele ke qetela litsebiso tsa rona ke bona eka batho bane ba rona ba fihlile joale ho tsoa bathroom, ke Compol Hlompho Motsamai le Little Chaplin ‘me Litho tse Khabane, hang ha Ntlo e phomola joalokaha re ile ra bolela ho tla ba le mock sitting oa this Little President moo a tlil’o tsamaisa Ntlo le hore tse ling tsohle re se re tla li utloa ka eena, rea leboha.
TABLING OF REPORT: report on the Lesotho Correctional Service site visit.
HON. SENATOR M. KANETSI: Madam President, ke kopa ho leboha le ho lumelisa uena, Tafole, Litho tse Khabane le batho bohle ba teng.
Ke nkile Setulo sena hobane the Chair of this Committee ha a teng ‘me o nkopile hore ke tle behe Report ena ea hae. Tlaleho ena ke tlaleho e entsoeng ho tloha mosebetsing oa selemo se fetileng ‘me e tlaleha litaba tse latelang:
- Ke tlaleho ea chakelo kapa leeto leo re neng re le entse re le Komiti ea Government Assurance e lisitseng ts’ebetso joale re ile ra etela ka setsing ka mane sa bats’oaruoa selemong se fetileng ka khoeli ea Mots’eanong. Ketelo ena e ne e ile ea sala morao litaba kapa Potso e neng e ile ea etsoa ke Setho se Khabane sa Leribe ka taba ea hore na ke lintlha lifeng kapa ke maputulo afeng ao a seng a entsoe ho ntlafatsa maemo a ka setsing seo sa bats’oaruoa, ‘me ho araba lipotso tsena e ile eaba hore Komiti e ke e etele ka moo e il’o bona na maemo a joalo a joang.
Re tla hopola hore komiti ena ke e ncha e neng e qala ho lula kapa ho thehoa Session ena ea 11th Parliament ‘me e ile ea thehoa tlas’a Li-Standing Order tse thehang Likomiti kahare ho Ntlo. Tse ling tsa li-terms of reference tsa komiti ena ke ho hlahloba lits’episo tse ileng tsa etsoa le maano a ileng a etsoa ke bahlomphehi Matona kahare ho Ntlo ho bonahale hore na ba ntse ba sebetsa joang, mathata ke afeng le hore na ho ka uoa pele joang.
Ka tsela ena ke lona lebaka leo komiti ena e ileng ea il’o sheba na ho nts’o etsahala eng ka moo, joale litaba tsa komiti ena li telele, ke tsa ho lisa ts’ebetso kapa implementation ea maano a departments kapa Makala a ‘muso ts’ebetsong ea ‘ona e le sechaba.
Karolo ea bobeli ke litho tseo kahare ho tlaleho ka mona tse etsang komiti ena, ke litho tse 13 kaofela ‘me ke tsona tse lisitseng taba ea maano a ts’ebetso. Ha ke fetela litabeng tsa leeto e ile ea re ha ho fihloa ka moo ho kopanoa le Acting Commissioner Ntate Phamotse a ileng a amohela moifo a ba o fa lintlha ka botlalo tsa hore na ts’ebetso e ntse e tsamaea joang le hore na liphephetso ke lifeng. Har’a tse ling re ka qolla ka bokhuts’oane a re liphephetso tse teng ke tsa hore ho na le bothata ba ts’ubuhlellano leha ka ‘nete ba lekile ho bo theola ka lebaka la hore nakong ea birthday ea his Majesty ho ile hoa lokolloa ba bang ba bats’oaruoa hore ba ee mahae ‘me taba eo e ile ea fokotsa bothata ba ts’ubuhlellano e teng ka moo.
O ile a tlaleha hore taba eo e entse bobetere haholo empa a ‘na a siea hore ba ntse ba e-na le liphephetso tse ngata hobane ba ntse ba se na uniform, le lisebelisoa tse itseng. O ile a re le boemo feela ka mono bo ntse bo le boima haholo ho latela lipehelo tsa machaba tse lokelang hore li shejoe, ‘me a bolela hape hore ba na le bothata ba budget e nyane eo selemo le selemo ha ba e beile e tla be ntse e fokotsoa ebe joale ba sitoa ho etsa tse ling tsa lintho tseo ba neng ba itse ba tla li etsa.
Leha ho le joalo, ka budget e ba ileng ba e fuoa selemong sena sa ho feta ba ile ba tseba ho atamela li-facility tse ling tse itseng Mohale’s Hoek ba ka ba sisinya taba ea hore na litaba tsa teng li tsamaea joang.
Ho ile hoa etsoa renovations, ba etsa meralo; ea ka ea sisinyeha empa leha ho le joalo bothata bo ntse bo le teng ‘me setsi se ntse se leka hore se tle se kenye haholo litaba tsa temo le litaba tsa li-project tse ka etsang hore bats’oaruoa ba ithute ba be le litsebo tse itseng e le hore ha ba lokolloa ba tsebe ho kenella ha bonolo kahare ho sechaba ha ba khutlela hae.
A bolela hore o fane ka lipalo-palo hore seterekeng sa Mohale’s Hoek, Mafeteng le Leribe ho na le thuso e seng e etsahetse ea hore ba ntse ba nahana hore ba tle ba shebe hore na ba ka eketsa litaba tsena tsa boits’ematlelo le litaba tsa temo ka sebopeho sefeng.
Kamor’a mona o ile a re poti-potisa le mafapha a fapakaneng kahare ho setsi seo sa bats’oaruoa ‘me tse ling tsa lintlha tseo komiti e ileng ea li hlokomela moo ke tsa hore chelete e ntse e le bothata kahare ho setsi seno, ha e ea lekana hohang ka hona e etsa hore le thepa e seng e senyehile e sitoe ho lokisoa, joale ho ntse ho senyeha feela ha ho na tukiso e etsahalang.
Ho its’etleuoe haholo ka hore Ministry of Public Works ke eona e tla lokisa ‘me ntho ena e etsa hore ha e sa lokise ebe lintho li nyehla ho feta hofihlela li se li fana ka mosebetsi o seng maemong ho hang. Komiti e boetse ea hlokomela hore taba ea overcrowding joalokaha Commissioner a ne a e cho ehlile taba ea ts’ubuhlellano e ngata haholo ‘me setsi sona ha se eketse mehaho feela ts’ubuhlellano eona e ntse e ba ngata ka lebaka la litlolo tse ngata tsa molao.
E ‘ngoe e ileng ea hlahella ke hore ho bonahala ho na le staff se fokolang haholo ho etsa supervise mosebetsi ka mono le eona tabeng ea securityho bonahala staff se shota haholo. Hoa bonahala taba ea uniform ka moo ke bothata ehlile ba se ba tabohetsoe haholo; e thuntse uniform eo ea bats’oaruoa. Ho bonahetse hape hore ho na le ho hlokahala hoa manese le lingaka, e leng lingaka tse hlahlobang bats’oaruoa ha ba kula hona ka moo. E leng ho re le taba ena ea mafu a lihlooho kaofela e ntse e le mathata. Ehlile ho bonahala Setsi ka bosona se le maemong a mabe haholo, ke poor facility conditions tse boletsoeng. Hape ho bonahala ho na le khaello ea li-Program tsa Rehabilitation, tsena tse etsang hore bats’oaruoa ha ba tloha mona, e ke ebe batho ba reformed, ba seng ba ka amoheloa sechabeng. Li-Program tse joalo li bonahala li fokola haholo.
E ‘ngoe e bonahetseng ke hore bona bats’oaruoa ka bo bona, ka lebaka la ho hahlameloa ke maemo ao a sa nepahalang, ba hlile ba na le bothata bo bongata, ba bang ba bona ba bile ba ea kula. Ho ile hoa hlokomeleha hore li-cell tse ling li kopane feela le li-toilet, le libethe li hona mona, le lifesetere li ‘nyane ha ho na ventilation e ntle, moea ha o kene.
Hoa bonaha hore cell e ts’oanetse hore e ts’ele palo e itseng ea batho. E ts’etse ba bangata haholo ka mono, le taba ea hygiene ke mathata feela. Joale e ba bakela le mafu a sa hlokahaleng.
Taba ena ea inadequate security measures, le eona e hlahelletse ‘me kea kholoa re tla hopola hore ho ile hoa eba le litaba tse ngatanyana tse hlahellang, tsa bats’oaruoa ba thobang literonkong, e ne e le taba eona ena ea sercurity hore ha e hantle haholo. Taba ena e beha bats’oaruoa le staff se sebetsang tlas’a maemo a sa nepahalang, e leng a tlhekefetso le eona violence.
Ho boetse ho nale taba ea hore ho na le disorder e ngata haholo, ka lebaka lona lena la maemo ana ka moo ka Setsing.
Ha Komiti e se e hlokometse boemo bona, e ile ea etsa Lits’isinyo tse latelang: Hore ho ke ho lokisoe Maemo a Bolulo ka moo ka liseleng, ea ba ea khothaletsa hore ho mpe ho etsoe upgrade sanitation and its facilities, toilets, sleeping spaces le taba ea ventilation hore n’a ho ka etsoa joang hore moea o kene, e le hore maemo a bophelo a mpe a hlokomelehe.
Hape Komiti ea khothalletsa hore ho hlokahala lithupelo, e leng ho personnel eo ea LCS, mohlomong e ka ba eona taba ea hore lithupelo ha li sa etsoe, e tla ba hore le litaba tsa Security li tla nyehla. Ba hlokomela hore ba lokela hore ba mpe ba ntlafatsoe haholo, ba be ba etse hore boikarabello ba bona ha ba le ka mono, ba ho sireletsa boa phethahala le taba ea ho sireletsa thepa eno e ka mono, e le hore ho se ke hoa eba le thepa e senyehang ka boemo bo holimo hakana.
Hape eaba hore ho ke bo be le litlhahlobo tsa nako le nako tsa hore na maemo a ntse a le joang ka moo, ke Makala a amehang. Ho se ke ha uoa kamor’a nako e telele; lintho li se li le mpe haholo. Hape ho ke ho batloe Manese le Lingaka tse chakelang ka mono khafetsa, ho atamela litaba tsa Bophelo, tsa bats’oaruoa, le basebetsi ka moo.
Ho ke ho hlakisoe hantle hore n’a Protocol e tsamaea joang ea litaba tsa ts’ireletso ka moo. Ha ho tla utloahala hore ho ba le mofere-fere, ba bang ba ea thoba. Litaba tseo li tlameha li ke li shejoe haholo.
Hape taba ea ho matlafatsa Rehabilitation Programmes e ka ba hore ho tle ho etsoe hore ho be le mekhoa, e’o re ka reng e etsa lekeno la chelete, e ka bokelloang ke Setsi hore se etse lintlafatso. Hape se rupelle bats’oaruoa ka litsebo tseo ba tla li sebelisa ha ba etsoa ka moo, e le hore ha ba fihla kantle ka mane, ba se ke ba utloa ba lakatsa ho khutlela ka mona, ba utloe ba batla ho tsoelapele ka li-project tsa bona tsa boipheliso.
Joale hoa thoe, Setsi se ke se etse mekhoanyana e mengata litabeng tsa temo. Taba-kholo mona, e le hore ba se ke ba lula ntlheng e le ‘ngoe ea ho rua lifariki feela. Ba ke ba kenye linthonyana tse ngata tsa temo, tse ka etsang hore bats’oaruoa ba be le litsebo tse ‘maloa. Ba be ba etse hape hore ba ke ba batle limmaraka, e le hore lintho tseo ba li nts’ang ka mono mohlomong ba lemme, ba kotutse, kapa mohlomong ba entse furniture, ba tsebe ho li rekisa ka ntle, ba rekisetsa Mafapha a itseng, e le hore Setsi se fumane chelete.
Hona e tl’a be e se ntse e le ho ntlafatsa le taba eona eane ea Rehabilitation. Ke lona lebaka la hore motho ea ts’oarang ka matsoho, ea bang busy, o khona hore maikutlo a hae a theohe, feela ka nq’ena, a ntse a ntlafatsa litsebo tsa hae tsa boipheliso. Taba ea Budgetary Support, e ke e shejoe hore ba ke ba ekelletsoe, ho eona Budget ena e tlang, e le hore e tle e tsebe ho ntlafatsa maemo ano a seng a le mabe haholo.
Ka lona lebaka lena, Madam President, Tlaleho ena ea Komiti e ne e re, re e behe ka pele ho Ntlo, hore e e amohele e le Tlaleho ea eona ea ts’ebetso.
Rea leboha.
HON. SENATOR J. A. MOTS’OENE: Kea leboha Mohlomphehi.
Ke kopa ke ts’oae phoso eno ea Leribe, ke utloile le Setho se Khabane Mohlomphehi a re Leribe, a tlatsoa ke Mohlomphehi Motsamai. Ke mametse Setho se Khabane hantle ha se teka Tlaleho ena ea Komiti ea Government Assurances. Kea kholoa e ne e le taba ea ts’alomorao e neng e entsoe ke ‘na, hore re tle re qetelle re etetse ka Setsing ka mono. Joale ka ha a hlalositse hantle, Mohlomphehi, re tla hopola hore ha Litho tsena tsa rona tse nyenyane li le teng ka mona, ‘me ba etsa ts’alo-morao ea Paramente, e ntse e le hantle hore re ba fe hore ho na le Buka ea Melaoana ea Ts’ebetso, e tsamaisang Paramente. Ekaba ka Ntlong ena ea Senate kapa ka Ntlong ea Bakhethoa, Ntlo e ‘ngoe le e ‘ngoe e na le Buka ea Meloaoana e tsamaisang Ntlo.
Komiti ena, e ile ea thehoa ka eona Melaoana eno. Mohlomong re sheba Molaoana oa 92(12), O buile ka Likomiti tseno ho tla Melaoaneng ea 74-93. Ha ho tao moo nka eang, Mohlomphehi, hobane Setho se Khabane o hlalositse hantle taba ea hore na Tlaleho ena ea Komiti e qalile joang ho fihlela e fihla ka hare ho Ntlo.
Moo re ileng ra e nyakurela re le Litho tsa Komiti, re sheba hore na ebe e ngolehile hantle, Mohlomphehi, Karolong ea Boraro mane moo ho buuang ka Ventilation. Ke ‘nete Motlatsi oa Mookameli ka Setsing seo sa bats’oaruoa o ne a hlalosetsa Komiti ka maemo a Setsi seo sa Tlhabollo hore se over populated.
Seo re se hlokometseng re le Komiti ke hore litaba tsohle tseo a neng a li beha, li ne li shebile haholo boemong ba Setsi sena sa Tlhabollo ea bats’oaruoa se Maseru, ka ha e le sona se seholo ka hare ho Naha. E ka re Ntlo-kholo.
Joale Mohlomphehi, tlhokomelong ea Komiti, kea kholoa ho na le lintlha tse peli tse tharo tseo Komiti e li hlokometseng, e le qholotso e kholo-kholo. Taba eo Motlatsi oa Mookameli oa Setsi seo a neng a fana ka eona ke hore leha lichelete li bonahala li le nyenyane hakaalo bakeng sa Setsi ka kakaretso, empa mosebetsi ona ba ea leka ho o phetha.
Feela joale ka mona ho ne ho bonahala hore litaba tseo ba sebetsanang le tsona li batla li le boima, haholo ha ba tloha Litsing tsa Tlhabollo, ba felehetsa bats’oaruoa. E ka ba ho ea Makhotleng, ha ba bang ba ntse ba emetse linyeoe ba le ka ho bona ka mono.
Ke taba ea ho se be le likoloi tse ba thusang tse lekaneng, tseo e reng leha li robehile eba ke bothata. Hape ha ba na lichelete tse lekaneng kapa bona bosebeletsi bo lekaneng.
Joale ha ke fetela tabeng eona ena ea bosebeletsi, ke tle ke bonts’e hore ngongoreho ea bona haholo e ne e le basebeletsi ba tsa bophelo kahar’a setsi ka mono hore ba fokola ka palo. Joale o ile a ba a bonts’a hape hore, ts’oaetsano ena u tla fumana hore hangata bats’oaruoa either ba ea litliliniking, feela joale ba se ba lutse ka liseleng ka mane. Ha ba lutse ka liseleng, ha ho bonahale ho e na le libaka tse ntle tse etsang hore ho se ke ha e ba le ts’oaetsano e ngata haholo. Ka bokhuts’oanyane ke tle ke re feela, o bonts’itse ha Setsi se le boemong bo bobe.
Ea ho qetela eo a neng a bua ka eona, ke itse ke tla toboketsa haholo litabeng tsena tsa bophelo. Ekare ba ka ba le batho ba nang le botsebi ka mono, esita le lingaka le bohlabolli bo lekaneng hore ba ka sebetsana le bats’oaruoa. Ke rialo hobane ka nako e ‘ngoe, ka ha bats’oaruoa e ntse e le batho, ho ntse ho na le ba bang ba boemong ba hore ba hloka litlhabollo ha ba le ka mono, kapa hona hore likelello tsa bona li hlabolloe ka mokhoa o matla, ho bao ho bonahalang ekare likello li se li sa sebetse hantle.
Ea ho qetela, Mohlomphehi ke ena ea hore Setsi se be le lijo ka tsela e pharaletseng. E ka ba taba ea horticulture, piggery or staple crops, joalo ka poone le mabele. Ke ‘nete literekeng koana, joaloka Leribe, Mohale’s Hoek ha a ne a etsa mohlala, o ne a bua ka tsona. Ho bonahetse ba ntse ba leka ho etsa tlhahiso, Feela joale ha ho bonahale e le tlhahiso e lekaneng.
Taba ea ho qetela eo ke neng ke batla hore ke e sisinye, ke taba ea Budget. Ehlile o bonts’itse a ka lakatsa hore Ntlo e ke e mo ts’ehetse, haholo ha ho etsoa Budget.
Ka ho beha tlatsetso ena ea ka, ke tlatsa Setho se Khabane.
E leng ho re Mohlomphehi Molula-Setulo, ho ea ka Litemana tsa Melaoana ena ea Tsamaiso, li re re khethe Molula-setulo.
Ka’nete ke mo tlatsa hore Ntlo e amohele Tlaleho ena ea Komiti, e e nke e le ea Ntlo, e tle e sebetsoe.
Kea leboha.
Question proposed.
The House Resumed.
HON.SENATOR L. KHOAELE: Kea leboha Madam President. Ke hlomphe Tafole le Lona Litho tse Khabane.
Ke ne ke re, le ‘na ke ts’oaele Tlalehong ena e behoang ke Government Assurances Committee ka Setsi seno sa Tlhabollo seo re neng re se etetse. Ke karolo ea Komiti ena.
Ka’nete maemo ao re ileng ra a bona ka mono, ke maemo a hlobaetsang haholo. Ke kopa ke mpe ke qale pele ka ho bua ka mokhoa oo ke boneng chebahalo eno, le tlhaloso e neng e fanoa ke Motlatsi oa Mookameli oa Lichankana.
Taba e neng e bonts’oa ke ho hlokahala ha lichelete tsa ho tsamaisa Setsi seno ka mokhoa o effective. U ne u ithuta hore ehlile hona le khaello e kholo haholo lintlheng tse ngata haholo, ke li-cell tse fokolang ho feta palo ea bats’oaruoa ba lekanetseng hore ba ka lula ka hare ho cell eno.
E leng hore ke ts’ubuhlellano e sekhahla haholo e seng habitable hohang. Li-cell tseno tsela eo li hahiloeng ka eona tse ling tsa tsona li kopantse ka moo ba lulang ka teng le li-toilet tseo ba li sebelisang. Ha u sheba moaho o teng oa clinic o bonahalang o hahiloe ka mona sebakeng sa kalafo ea bats’oaruoa, empa o haella haholo ka bosebeletsi ba ma-nurse le lingaka. O haella haholo ka meriana, lipilisi le tse ling kaofela tse hlokahalang ho thusa baoki. Ha hona lingaka tseo ehlileng li sebetsang nako eohle ka mono. Lingaka li tla ka matsatsi; li tla lichakela kamono li tlo tla li fana ka kalafo, ‘me taba eno ka boeona e ne e etsa bophelo ba bat’soaruoa bano ka mono bo se ke ba bonahala e le bophelo boo ho ka thoeng bo hantle.
Ho boetse hape ho na le mesebetsi kapa likoetliso tse fapakaneng tse etsetsoang bat’soaruoa mohlomong ho ba lokisetsa hore ha ba tsoa ka mono ba tsebe ho nolofalloa ho phela ka hare ho sechaba hape. Karolo e kholo ke mesebetsi ea matsoho e ntseng e etsoa ka mono. Ha u sheba oa ithuta hore ehlile hoa khomelletsoa hore empe ebe li-program tseno li ntse li tsoela-pele. Ha ho bonahale li le well funded hore li ka hla tsa arabela morero o bonahalang o le teng hobane joale lisebelisuoa ehlile ha li eo ka mono.
Taba e ‘ngoe bana le morero o motle oa ho itlhahisetsa lijo ho imolla ‘muso ka hore mohlomong ka hare ho budget ho shebanoe le taba ea ho ba fepa. Le teng u ntse u bona hore li-program tsa bona ke li-program tse ka bang hantle haholo ha hona le a abundant human resource e le bats’oaruoa ka mono, ba etsa mosebetsi o joalo.
Empa feela o bona hore ha bana lisebelisuoa kapa thepa eo ba e sebelisang ho hlahisa lijo kapa mokhoa oa ho ruoa liphoofolo ka ho fapakana tseo ba ka tsebang hore ba hlahise lijo ka tsona. Motho u se u ka re e ne e ka ba ntho e ntle hore ‘Muso oa Lesotho ha o etsa budget o ke o etse consider hore ntle le taba ea hore batho bano ba ka mono ke bats’oaruoa, to be considerate e ka ba litloli tsa molao empa ke karolo ea sechaba sena sa Basotho, ‘me ba bangata haholo ka mono. Polokeho eabophelo ba bona e ntse e tlameha ebe ntho ea bohlokoa, ‘me ha ho etsoa budget e mpe e etsoe ka tsela eo e ka etsang enable litsi tseno tsa tlhabollo hore ebe litsi tse ka tsebang hore batho bano ba ka mono ba phele hantle. But the understanding ke hore re ntse re lebelletse hore ba khutle maits’oarong a bona le boinahanong ba bona ba fetohe ba tsebe ho khutlela ka hare ho sechaba ba khutlela ba ilo phela hantle le sona ka khotso. Ho tla ba bonolo haeba nako eo ba tla beng ba e nkile ka hare ho setsi seno ba tla be ba sa phele tlasa khatello le bophelo bo seng botle bono boo ba phelang ka hare ho bona. Ke ntlha ea ka ea pele.
Madam President, nthla ea ka ea bobeli ke observation eo ‘na personal ke bileng le eona ka mono. Ke maoba mona ha re ne re bua ka mathata a shebileng kapa a tobaneng le bacha ba baroetsana ka taba ea tlhekefetso le litaba tse ling tse ngata tseo re neng re li t’sohla mono. Ha ke le ka setsing seno ‘na ke bona another dimension e ncha eo ke neng ke sa e nahana, setsi seno sa tlhabollo se tletse bacha ba bangata hona hoo ba bashanyana.
Ke hore kea kholoa haufi le 80% or so ke bacha ba bashanyana ba tletseng ka mono, ba subuhlellaneng. Ke hore ha u ba sheba u bona e le lintho tseo e ka reng batho bao u bonang eka ba fetohile linyamatsane, ba maketse feela, ba baleha ha u atamela feela. Ke bacha bao u ba bonang hore ba lilemong tsa hore ebe ba likolong. Ba lilemong tsa hore ebe ba ka hare ho labor force ea naha ena ba productive ba etsa contribute to the economy of this country, feela ke bano ka mono. ‘Me boipotso boo re tlamehang re ipotse bona ke ba hore na ehlile ba bangata hakaalo bahlankana bao ka moo hobane ehlile e le litloli tsa molao? By nature ehlile ke litloli tsa molao? Ebe ke li-factor or forces life tse socially or economically tseo ekanna eaba li ba susumelitse hore ba be ka moo? Kutloisiso ea ka ke ea hore ha hona motho eo a tsoetsoeng e le setloli sa molao, ntle le few individuals bao u ka reng li character tsa bona ehlile they are wired hoba litloli tsa molao feela tumelo ea ka ke hore ha hona batho ba tsoetsoeng e le litloli tsa molao.
Ho tlameha hore ebe hona le moo re leng naha re fosang teng hore ebe bacha ba naha ena ba bangata hakaalo ba kahar’a litsi tseno tsa tlhabollo ba tlotse molao. Ke li-house breaking, peto le polao boholo ba tsona.
‘Me ke sa phetha Madam President ke eme mona kajeno ke re re lokela re ele hloko re le naha hore re ntlafatse tlhahiso ea mesebetsi le mekhoa ea boipheliso. Batho bana ebe the participants kholisong ea economy ea naha ena ea bona. Boko bona ba bona bo etsang idle hoseng ha ba tsoha ho se na ntho eo ba e etsang ba qetelletse ba kena litlolong tsa molao, ba sebelisa lithethefatsi hampe.
Ka linako tse ling batho baa _ho ba mocha ha se ho ba ngoana. Ho ba mocha empa e le taba ea hore o lilemo tse ka tlaase ho 35. Bahlomphehi taba ena e bolela hore batho bana ba na le menyetla ea hore ba bang ba bona ke banna ba phelisang malapa a bona, bana ba bona le ho t’septjoa ke batsoali ba bona ho kenya letsoho bophelong ba batsoali ba bona hobane ba se ba sitoa ho iketsetsa. Joale ha ba tsoha hoseng ha hona ntho eo ba tsebang ho e kopanya hore ba qetelletse ba nkile karalo ho phelisa malapa a bona le ho iphelisa le ho phelisa ba habo bona. E le boikarabello joaloka lihlooho tsa malapa ba qetelletse ba sebelisoa ha bonolo ke batho ba ba sebelisang hore ba nke karolo lipolaong tsa batho le li-house breaking hore ba ilo batla ho bona hore na malapa a bona a phela joang.
Khatello ea maikutlo e ba tlatsa khalefo, khalefo eno ba e nt’setsa ho basali le baroetsana ka ho ba hlekefetsa ka motabo hore ba ikutloe eka e ntse e le banna le bona. Litaba tsena kaofela li re etsetsa sechaba se nang le mathata, sechaba sa kamoso se tlo tla se ba le mathata. Se teng kajeno se nang le mathata because we end up being afraid of our own children hobane naha ea habo rona e re bakela bolutu, e sa hlokomela moloko ona o mocha ka hore o ba bulele menyetla ea hore ho ke ho be le lintho tse ba etsang commitd tseo ba li etsang.
Ke re despite taba ea hore ka litsing tsa tlhabollo ka mono re bona maemo ano a nyarosang. We also have to look at the mental root course of this problem. E leng taba ea hore the social and economic situation ea naha ena ha e lumelle batho bana hore ba tsebe ho its’ematlela le hore ba phele.
The Government should create the conducive environment hore sechaba sena se bacha se bonahale se na le mokhoa oa ho its’oarela ka matsoho joale re tle re tsebe ho bona litloli tsa molaotse haelletsoeng le botloli ba molao ka tsoalo, hona le bana ba eang mono ka ts’usumetso ea mathata a bophelo ao ba shebaneng le ’ona. Ha ke re botloli ba molao ke tharollo empa ke re ka linako tse ling khatello ea maikutlo, ho hlokahala ha li-opportunity tsa ho phela ha u ntse u le lefat’seng mona o phela. Li qetelletse li imela ba bang ba qetelletse ba le ka hare ho litlolo tsena tsa molao tseo re li bonang.
Ke kopa ke qetelle taba ea ka hore joaloka Molula-Setulo ha a teka Report ea hae a bont’sitse. Molula-Setulo o bonts’itse ka bokhabane hore li-program tsa tlhabollo ka mono li fokola haholo ‘me tumelo ea ka ke hore ha litoronko li ne li fetoha hore li tlosoe litoronkong li bitsoe litsi tsa tlhabollo ke ho ba kutloisiso e ne e le hore batho bano ba teng ka mono, those individuals ba ka mono ba lokisoa hore ha ba tsoa ka mono ebe batho ba tsebang ho phela hantle le sechaba sa habo bona ka tsela e fapakaneng le ka mokhoa oo ba neng ba its’oe re kateng ha ba kena ka mono.
It cannot only be through training eno eo ba ntseng ba etsetsoa ea mosebetsi oa matsoho feela empa they should also be prepared socially, mentally and otherwise hore ha ba khutla mono ebe banna le basali ba tsebang ho phela hantle ka hare ho li-community tsa bo-bona, ‘me program tseno motho u ka ka oa re li ke li shejoe ka leihlo le nchocho.
Li ke li shejoe e le li-program tseo ‘Muso o tlamehang o kenye letsoho haholo hore li etsoe empower li tle li tsebe ho ba le impact holima batho bano. Ke bone hona le li-social worker tse ka bang peli feela kahar’a thoen-thoere e ngata eno ea batho bao re neng re ba bona ka mono, ‘me ke belaela hore ha bana tseba ho sebetsa ka mokhoa o ka fihlellang the end product ea hore batho bano ba tsoe ba hlabolohile mono. Ha ke buile hakana ke kopela Tlaleho ena hore ke tlatse hore e amoheloe e le thepa ea Ntlo.
Kea leboha [liatla]
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ka uena Madam President, Tafole le Litho tse Khabane ke lebohe ka ‘nete Litho tsa habo rona ka Tlaleho ena eo ba faneng ka eona e nonneng. Ke mpa ke batla ho thatiselletsa feela linthleng tse fokolang mohlomong tseo ka hare ho tsona re supang tsela ea ho ea pele hore haele mona Ntlo e se e fumane Tlaleho ena na mohlomong lintlha tseo li se ntse li entsoe likhothaletso empa ho tempisa ho tsona hore ‘Muso mohlomong o tle o sekehele tsebe lintlha tsena. Empa mohlomong le bona botsamaisi ba setsi sa tlhabollo bo ke bo shebe taba ena.
Re ka ‘na ra ba sechele mohlomong le ho se utloisise hore na Melaoana ea Lefatse (International Conventions) e buang ka taba ea bats’aruoa e reng. Empa haeba li ka ts’ehetsa maikutlo a hlahellang mona a rona a hore litsi tsa tlhabollo li bonahale li iphelisa. Batho ba tlileng ka mono ka tlhabollong ba bonahale le bona ba kenya letsoho tlhabollong ea bona hobane taba ena e hloka re e bokaneleng hore ha u se u le ka mono ke hobane re ikholisitse ka makhotla hore ehlile o hloka tlhabollo, ‘me taba eno e bolela hore bana le mosebetsi oo ba o etsang ha ba re hlalosetsa hore ka nako e ‘ngoe ba botsa mots’oaruoa hore na o tseba eng?
O ne a ntse a sebetsa eng? O boetse hape-hape a ka ba comfortable ho kenya letsoho ho kae? ‘Me taba ena e le taba e thusetsang hore a nke sebaka seno ka nako eno eo a e filoeng le eena a tle a tsebe ho amoheleha. Joale taba eno ha ba se ba hlahlobile taba ea hore na litsebo tse teng ekasitana le maikemisetso a teng a mots’oaruoa e mong le e mong-ho na le bats’oaruoa ba nang le litsebo tsa temo, tlhabollo, meroko joalo-joalo, empa ho boetse hona le ba sa tsebeng letho ka ‘nete. Ba ts’oaneloang ke hore ba nanabeloe ke ba tsebang letho.
E leng hore ha re se re ka beha taba eno eaba re e kenya moelelo oa ho etsa project. Ha re e kenya moelelo oa ho kenya project ke hore re tla nka ba kileng ba tseba ho ts’oara sethunya re ba behe kampong ea bona joale re qoqe le bona hore na “hela!… Tlhabollo ea ba tlisitsoeng ka ts’ebeliso ea sethunya re sebetsang joang le bona?” ke ts’ebetso eno ha re e tseba ka mono re tla tseba ho sebatsa taba eno hantle. Ba tlileng ka mona ba tseba ho luba bohobe ha re ba behe mahobeng re re “hee banna!
Lea bona ho kotsi, re sebetsang taba ee joang” ha re etsa project setsi se tla iphelisa se itjare ‘me re tla tseba hore motho ka profession eane eo a neng a ntse a na le eona ha a ile a khibela, a fosa sechaba, a fahla sechaba joale re tsebe hore ha a khutla mona o tla khutla ka litsebo tsa hae.
Haeba ke motho a neng a ntse a rekisa chapise a tseba hore o etsa tlhahiso ka tho (2) lisente ho eona, ka mono hakere ho ka etsoa li-spaza shop banna ba koetlisoa ba tsamaisa taba eno hobane joale hona le ba ke keng ba reka haufinyana, hona le bao ho se nang moo ba nkang hona teng empa taba eno ea ‘na ea tsejoa hore li-skill tseno tseo ba fihlileng ka tsona le tseo re li hahang ka mono re tsebe ho etsa tlhabollo ea ‘nete hobane tlhabollo e mentally feela e ke be ea thusa mofuta ono oa setsi hore o re tlisetse batho ba sokolohileng. Re ts’oanela re ba nke ka kelello le ka matsohong ke ho re theory le li-practical re bone na re li etsa merge joang.
Joale le bana ba moea hangata ka mono ba fihla ba rapela, mohlomong ha ke tsebe haeba le bana ba mathuela re ka re ba ee ba ilo etsa hlophe, ba etsetse bats’oaruoa hlophe moea o ba kene ‘me ts’okoloho e be teng. Hobane re na le li-slay queen ka mono ka bats’oaruoeng joale Mali-a-konyana o tla sokoloha hobane ka mono ka moo a lutseng ka teng ha a lutse a ikoalletse ka mono a bonoa mohlang mane o inka a se ntse a se na thuso.
Ke mona moo a tla koetela e mong le e mong a fihlang ka mono a mokhoethele mahlo. Hobane ekanna eaba ke moea o lits’ila o tsamaellanang le boits’oaro bono ba hae. Mali-a-konyana ba sa tsebeng ke e mong oa bats’oaruoa ka mona eo re ileng ra mo fumana, a lulang a le mong, a nyareloang ka lesoba hore a bonoe, ea akhelloang poleiti. Joale enoa u se u utloa hore joale re tlameha re tleng le mahlale ‘ohle hobane re batla tlhabollo Madam President. Ntho eo re e batlang ke hore a tsoe ka mono a hlabolohile. Joale re ts’oanela re nke taba ena ka metso eohle ea eona.
Ke mona moo ke neng ke bonts’a taba ea hore katamelo ea management oa ka mono ka Correctional Services ha u ke u ikatolose, e re leha o ntse o batla ts’ehetso ho ‘Muso hobane ena ea ‘Muso ke bona eka e telele haholo empa the low hanging fruits, ke hore lintho tse haufinya ke setsi ha se leka hore se shebe hore na ntho e matsohong a bona na ba ka e sebelisa joang. E leng hore they source out at their own disposal, ke eona ntho eo re ka ra tsebang ho re na re e beha joang.
Lintho tse matsohong a bona ke hore re na le bats’oaruoa ka mono ba tsebang ho lokisa makoloi le ho penta; ke bona bana bao re ntseng re re ba etsetsoe project, ba behoe lehlakoreng la bona joale re tsebe ho fana ka litsebo tseno ba tsebe ho thusa ba bang, ba bakoetlisa. Joale ke mane moo re tla re state le private sector etsang contribution hore re bone hore tlhabollo ena e tle e etsahale hobane motho eo o khutlela ho lona. Motho eo o ntse a fahlile lona le ho le senyetsa lona, empa katamelo eno e ka tseba hore ebe katamelo e hantle.
Ke mokhoa ona ‘na ke reng ka ‘nete ha re boneng hore re sebeliseng tsohle tse ka re thusang, le eona hlophe e ka sebetsa, ekasita le oona moletelo o ka sebetsa hobane ba tsoa hona moo re phelang ka lintho tsena.
Moo re phelang ka tumelo, ba tsoa sechabeng sena. Empa ha re lekeng ho bona hore le ka mesebetsi hobane ‘na ka ‘nete ke mane moo ke rapelang hona teng ho thoe ‘tumelo e se nang mesebetsi, e shoele shoii!” Kea leboha.
MADAM-PRESIDENT: Honourable Senator Mokhathali.
HON. SENATOR M. MOKHATHALI: Kea leboha Madam President ke u hlomphe, ke hlomphe Tafole ea hau, ke hlomphe Litho tse Khabane le baeti ba teng kajeno.
Ka ‘nete le ‘na ke ne ke le teng ha ho etetsoe ka sebakeng sena, taba eo ke batlang hore ke e hlalose ke hore ha u kena ka mono feela ehlile ho ea tšosa. Meriri ea hau e ea baleha ho latela libopeho tseo u tla li bona ka mono.
Re ile ra fuoa monyetla oa ho kena hohle ka moo batšoaruoa ba bokelletsoeng ka teng. Ho na le sebaka se seng seo e ileng ea re ha re le ho sona joalokaha Mohlomphehi Khoaele a cho, batho ba bangata ho feta sebaka seno feela ha u se shebile. Ke hore leha e se e se lisele. Area eo batho bana ba lutseng kahar’a eona e nyenyane ho latela palo e kholo eo u e bonang.
‘Me taba eo u e bonang haholo ke batho ba bacha, bahlankana ba ba nyenyane ba ba chitja, feela ba le teng ka mono. ‘Me ha ba bona moeti, ba tla ho eena ka sekhahla seo u bonang ba maketse feela u bona bao e-ka ba hlaha.
Ke hore bao u s’o bona eka le likelello tsa bona joale ho latela ho petetsana hoo ho ba lutseng kahare ho oona ba sa etse letho ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea hore na ebe le likelello tsona li ntse li phela hantle.
Taba e mpe haholo eo re e boneng ke hore ha ba na le uniform, ke hore e mong le e mong o ntse a apere kobo ea hae, phahlo eo ekabang o tlile ka eona. Ka mekhahlelo le ho sotleha ho latela hore na ba tsoa maemong a joang ka ho fapana. Ha ba na uniform, ‘me eona taba eno feela hore ha ba apara uniform e ea tšosa. Re ne re botsa le batho bana ba ba lebelang hore na ebe ka nako eo ba kenang ka mona ba kena ka lipalo tse kae, hobane o shebile hore ha u bone le tširelletseho ea balebeli ba setsi seno. Hore na haeba o kena ka mono e le ’M’e a le mong kapa e le Ntate a le mong, na ho ke ke hoa etsahala hore ba rere ho ba hlasela. Hobane ke palo e ngata ea batho ba hlaha.
Ha re kena ka liseleng, Mohlomphehi Kanetsi o sa re bolelletse ha a ntse a fana ka report. Tse ling tsa lisele, ba lutse ka bohlano akere re se re boletse hore ka mono ha ba na uniform. E mong le e mong o behile, ba itšehetse litša kahar’a sele. E mong o na le setša sa hae moo a behileng lithepa tsa hae. E mong oa bona hore esale a tšoaroa e ka ‘na eaba le ba habo ha ba e-so tle, o kobonyana e nyenyane ha ho na lintho tse nepahetseng hobane ha ho na uniform. E se e le hore ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e mong o phela ka ea tlileng ka eona.
Empa ntho eo o ne o bona e le mpe haholo ke hore li-toilet li hona ka mono, ke hore haeba le lula le le bahlano, a eang toilet menko eno e tla ho lona kaofela hore na lea rata kapa ha le rate, re ile ra bona e le chebahalo eo re sa e rateng haholo.
Taba eo ke tlatsang ba seng ba buile haholo ka eona ke hore ka ‘nete u bone hore ka Setsing ka mono ho hlokahala tlhahlobo bocha ea mananeo, kapa tlhabollo ea mananeo ke hore li-programme. Hobane batho bana ba ba ngata haholo ‘me oa lemoha joalokaha Mohlomphehi Motsamai a chulo hore leha ba lutse joalo, ba tsoa mafapheng a fapaneng, litsebong tse fapaneng le mesebetsing e fapaneng feela joale ba lutse feela, ha ho na ntho eo ba e etsang. Re bone li-programme tse fokolang, ho na le moo ba ba bang ba ntseng ba lokisa makoloi, ba bang ba ea pheha, ba bang ba ea roka. Empa le mono moo li-programme tseno li leng teng, ke lipalo tse fokolang haholo ho latela hore ha ho na thepa. E le hore ba bangata ba ka be ntse ba kenya letsoho mono joale ba sitoa ho sebetsa ka lebaka la hore ha ho na thepa.
E leng hore haeba mohlomong boitlhopho bo ka ba teng ba hore li-programme li bonahale li hlahlojoa, le ho behoa hantle. Ba ka tseba le hore mohlomong le batho ba ka ba thusang, ba tsebe ho ba thusa ka li-programme tse hlakileng tse bonahalang hantle hore na ba ba thusa joang. Empa e re makalitseng haholo, ke hore ha ho na bahlabolli. Mohlomphehi Khoaele o re hopolitse hore e ka ‘na eaba re bone Social-Worker tse peli feela.
Ke ho bolela hore haeba ho ne ho reruoe hore joale batho ba na e tle e re ha ba tsoa ka mono, ba tsoe bonyane boinahano ba bona bo tla bo fetohile ho tloha ha ba kena ka mono, kannete e se taba e etsahalang. Taba eo re ka mpa ra tsoha re inahanela hona joale, ke hore le ea keneng ka mono mohlomong mokhoa oa hae oa botlokotsebe o fokola, o tlo tsoa ka mono bo phahame haholo hobane ha ho na ntho eo ba e etsang motšeare. E mong o ne a na le botlokotsebe mohlomong bo bonyenyane, empa feela ha a kena kahar’a litlokotsebe tse seng li le kholo, tse tsebang maqiti a mangata re se ntse re lemoha hore na nako eo ba lutseng ka mono ba qoqa ka hore na uena u ile oa tšoaroa u entse eng, ‘me ba rutana mahlale a botlokotsebe.
Eleng hore ka litsela tsohle ho tlameha hore ‘Muso oa rona o bone hore o thusana le setsi seno hore ho etsoe li-programme hore batho ba ka mono ho se be le nako eo ba lutseng feela, ba ke ba etse mosebetsi, ke human-resource e ngata haholo eo re ileng ra botsa hore mehleng ea pele ha re ntse re hola ba ne ba sebetsa le bo-teropong mona ba hloekisa, ba etsa mesebetsi ea bona.
Empa re ile ra bolelloa hore ho latela taba eno ea hore ba ntse ba apere joaloka ‘na tjee, o sitoa ho ba ntša ka mono hobane ha u qala o ba kenya sechabeng, ha u tlo tseba na u ba tseba joang. Eleng hore ke lintho tse nyenyane tseo u n’o bona eka haeba ‘Muso o ka li ela hloko hore ba be le liaparo, joale ba tle ba tsebe ho sebelisoa mohlomong leha e se ka ntle ho setsi, mohlomong e ka ‘na eaba ntho e ‘ngoe e thusang eo ebileng e ntseng e sebetsana le tlhabollo ea bona.
Re lemohile hore joale le mokhoa oa bongaka oa ho thusana le ba seng ba kula ka hloohong, o mosesanyane haholo. Ke ‘nete ba na le clinic e ntle eo re e boneng. Empa ho fihlela hono ba ne ba se na ngaka haholo ea mental-health e sebetsang ka mono. Haeba re ka ba le motšoaruoa eo ho ka thoeng o bolaile e mong a ba noa mali a hae, hoa utloahala hore hono ho se ho tlameha hore ebe ho na le ngaka e teng ka mono ea mental-health e ntseng e hlahloba hore na batho bana ba joang hobane le ho lula ka mono ‘na ke ntse ke nahana hore leha e ka ba o ile ka mono o ne o se na lefu la kelello, boemo bono feela boo u ka lulang ka mono kahar’a bona, bo ka ‘na ba u etsa hore o qetelle u na le lefu la kelello.
Ha re ntse re qoqa mono ke hopola re qoka le Morena oa ka oa Ha Majara, re re ache boemo bo ka mona bo tšosa hoo ngoana e monyenyane ea e-s’o ka a kena litlolong tsa molao, o bona eka ha a ka hlahisoa feela ka mono, hoa thoe a ka bone, taba eno e lekane hore a utloe hore a ke ke a kena ka mono ho latela hore na ho tšosa joang.
Karolo e ‘ngoe eo re e bontšitsoeng ke moo ba thusitsoeng ka meaho ke Developmental Partners tse teng kahar’a naha. O ile a re bontša moaho o mong oo ba o ahetsoeng kapa ke liofisi ebile li na le boardroom tjena. Li ncha feela li se li senyehile hona hoo, ke hore o bona tšebetso e sa bang ntle. ‘Me taba eno le eona e ile ea re bontša hore ho na le bofokoli ba hore moo ho ntseng ho etsoa mesebetsi ea bohlokoa kahar’a naha ena, ebe mohlomong Lekala le lokelang ho nka boikarabello hore motho ha a sa itse o fuoe mosebetsi oa hore a ahe leha ele ofisi, a ahe ofisi e nepahetseng, e tla nka batho bano ba mono nakong eo ba ntseng ba e sebelisa.
Kannete u ne u bona hore ho ile hoa fuoa batho mosebetsi, ha ke ntse ke re na Basotho ke batho ba joang hobane rea iketsetsa, le hona mono e ne ntse eka motho ea neng a fuoe mosebetsi ke Mosotho leha e ka ba chelete e ne e tsoa ho Development-Partners. Feela ka ‘nete u ne u bone mosebetsi o motle, e leng hore Lekala la ‘Muso leo e ka bang ke lona le lebelang hore meaho kapa infrastructure e etsoe hantle, ka ‘nete ba tlameha ho tiisa taba ea bona ea supervision hore ha ho etsoa moaho e mpe e-be moaho ono ho oa fetoa ho tlo ho uoe ho o mong ho na le hore ho ntse ho ahoa bekeng ena, bekeng e tlang, o s’o ntso se na boleng ba hore oka sebeliseha hantle.
Re bone palo e fokolang eo ke e boneng ea Bahlanka ba Lichankana, joalokaha ke cho ke re re ne re ipotsa hore na ha le tšohe hore re ka ‘na ra utloa ho se ho thoe ba hlahetsoe ke kotsi Bahlanka ba Lichankana. Ke hore ke bone bosebelletsi bo fokolang ba Setsi sa Tlhabollo ka mekhahlelo ka ho fapana ke ka hoo re khothalletsang ‘Muso hore kaha ka mono ho lutse batho, bao e leng batho bao re ntseng re ba rata ebile re na le tšepo ea hore ba tle ba khutlele sechabeng, ba tlo tla ba sebetsa hape e-ba batho bao e bang karolo ea sechaba.
Ka ‘nete ho ke ho bonoe hore ho eketsoa mekhahlelo ea bosebeletsi ka ho fapana. ‘Me ekaba eo ea lingaka, ekaba eno ea Social-Workers ho ba hlabolla, ekaba eno ea Bahlanka ba Lichankana hore le bona ba tsebe ho sebetsa moo ba sirelletsehileng, le eona re kopa hore budget eno e ke e eketsehe.
Ke batla ho qetella ka ho tlatsa hore Mohlomphehi Khoaele o itse ho latela palo eo re e bonang ea bacha ka mono, ha e ke e-be boinahano ba ‘Muso hore na ebe sesosa sa bacha ba ka mono ba le bangata hakaalo ke sefe, re se shebe feela hore ke bacha ba bangata. Empa re ke re ee botebong ba hore na ebe ke eng e etsang hore ebe bana ba utloa ha motho a re ke u fa M10,000.00 o il’o bolaea motho, ebe o utloa M10,000.00 e se e lekane hore a ka nka bophelo ba motho.
Rea elelloa hore haeba re le naha re se re fihla moo motho a ka rekoang ka M10,000.00 ho ea bolaea motho e mong, ke ho bolela hore ho na le phoso e ‘ngoe eo e ka bang ha re e-so inahanele eona haholo. ‘Me taba ena ea report ena, e re re lemohe hore bacha ba fella ka mono ‘me ‘Muso o inahane hape hore na ke eng e ka etsoang. Kea leboha.
MADAM-PRESIDENT: Re lebohile Litho tse Khabane kannete input tsa lona kaofela.
Question that the Report of the Governance Assurance Committee Report on the Lesotho Correctional Service site-visit Put and agreed to.
MADAM-PRESIDENT: Ke hlokomela hore re ne re ntse re lebelletse hore Letona la Foreign Affairs le tlo tla le etsa Statement, empa ha le ea fihla. Kea kholoa le tla hlokomela liphetoho tse bileng teng, e leng hore ho ne ho lokela hore ho tlo tla Letona la lefapha leo ka Statement se tšoanang, empa kea kholoa ke hona ba ntseng ba itlhopha. E leng hore Statement seno se tla chechela ka letsatsi le leng mohla ba re bolelletseng hore na ba tla tla neng.
Re boetse hape Litho tse Khabane re ile ra hlalosa hore hang ha Ntlo e phomola, re tla ba le Mock-Sitting. ‘Me Litho tsohle re tla tsoa re le a formal House, re etse adjourn Ntlo ebe joale re kena re se re kena ka Little President eleng eena ea tlo etsa preside the proceedings tsa nako eno. Litho tse Khabane Ntlo e tla phomola ho fihlela ka Labobeli ka 10:30 a.m.
ADJOURNMENT
There being no further business on the Order Paper, Mr. Vice-President adjourned the House without Question put, pursuant to the Standing Order No. 16 (3).
The House was adjourned at 11:36 a.m.
