KINGDOM OF LESOTHO
PARLIAMENTARY DEBATES
SENATE CHAMBER
DAILY HANSARD
OFFICIAL REPORT OF THE SENATE
FIRST SESSION – ELEVENTH MEETING
ELEVENTH PARLIAMENT
Tuesday 4th March 2026
PRESIDING OFFICERS:
- Madam President ‘Mamonaheng Mokitimi
2.Mr. Vice President Tsukutlane Au
LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG
| 1. Hon. Seeiso B. Seeiso | Principal Chief of Matsieng |
| 2. Hon. Joel A. Motšoene | Principal Chief of Leribe |
| 3. Hon. Sempe Gabasheane Masupha | Principal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan |
| 4.Hon. Mamolapo M. Q Majara | Principal Chief of Ha Majara |
| 5.Hon. Tumane Matela | Principal Chief of Makhoakhoeng |
| 6.Hon. Moeketsi Moletsane II | Principal Chief of Taung |
| 7.Hon. Lerotholi Mathealira Seeiso | Principal Chief of Mokhotlong |
| 8. Hon. Lerotholi L. Seeiso | Principal Chief of Likhoele |
| 9. Hon. Theko D. Bereng | Principal Chief of Phamong |
| 10.Hon. Mojela T. Makhaola | Principal Chief of Qacha’s Nek |
| 11.Hon. Seeiso S. H. Nkuebe | Principal Chief of Quthing |
| 12.Hon. Nthupi A. Bereng | Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote |
| 13.Hon. K.L.K Khoabane Theko | Principal Chief of Thaba-Bosiu |
| 14.Hon. Mitchel S. Maama | Principal Chief of Ha Maama |
| 15.Hon Moholobela M. Moholobela | Principal Chief of Matelile |
| 16.Hon. Bereng G. Seeiso Api | Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake |
| 17. Peete Lesaoana Peete | Principal Chief of Koeneng le Mapoteng |
| 18.Hon. ’Mako T.Mohale | Principal Chief of Tajane, Ha Ramoetsana le Ha Mohale |
| 19. Hon. Khoabane T. Mojela | Principal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso |
| 20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli | Principal Chief of Botha-Bothe |
| 21.Hon. Pontšo S. Mathealira | Principal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere |
| 22.Hon. Qeto Sekonyela | Principal Chief of Malingoaneng |
| 23.Hon. ’Mawinnie Kanetsi | Senator |
| 24. Hon. Lebona Khoaele | Senator |
| 25. Hon. Thabiso Lebese | Senator |
| 26. Hon. ‘Maphakiso Lebona | Senator |
| 27. Hon. ’Mabataung Patricia Mokhathali | Senator |
| 28. Hon. Sehloho Henry Monatsi | Senator |
| 29. Hon. ‘Makholu Moshoeshoe | Senator |
| 30. Hon. Neo Matjato Moteane | Senator |
| 31. Hon. Seabata Motsamai | Senator |
| 32. Hon.Richard Ramoeletsi | Senator |
| 33. Hon. Limpho Tau | Senator |
PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO
SENATE CHAMBER
Wednesday, 4th March, 2026
The House assembled at 10:30 a.m.
MR. VICE-PRESIDENT (In the Chair)
PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer
ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR
MR. VICE-PRESIDENT: Kea le lumelisa, Litho tse Khabane, letsatsing la kajeno, e leng Laboraro la la 4 Tlhakubele, 2026.
Litho tse Khabane, re na le litsebiso tse latelang:
- Kajeno ho na le Melaoana e tl’o tekoa ka pele ho Ntlo ena e Khabane, ‘me hang ebe e fetisetsoa ka pel’a Komiti ea Ketsa-Molao.
- Hang ka mor’a mono Letona le Khabane la Labour and Employment le tla etsa Polelo ho Ntlo ena e Khabane.
Melaoana eno ke e latelang:
- Workmen’s Compensation, Regulations, 2026
- Agricultural Marketing (Product Control and Subsidised Input Protection) Regulations, 2026
- Financial Consumer Protection (Disclosure of Information on Insurance and Investment Products) Regulations, 2025
- Financial Consumer Protection (Complaints Handling) Regulations, 2025
- Financial Consumer Protection (Administrative Penalties), Regulations ,2025
- Fuel and Services (Control, Marking and Quality) Regulations, 2025.
- Litho tse Khabane, Komiti ea rona ea Government Assurances e ne e kopane le Lekala la Mesebetsi ea Sechaba le Lipalangoang mabapi le Tlaleho ea Khaho ea Ntlo ea rona ea Botlotlehi. Ba ne ba kopane maobane ka mane ka Administration Boardroom, ‘me le kajeno ha hora ea bobeli e fetile ka metsotso e mashome a mararo (14:30 hours), Komiti eno e tla boela e kopana ho tsoelapele ho ts’ohla Audit Report eo.
- Ka tsela e ts’oanang le hosane ho ntse ho tl’o ba joalo, ba ntse ba tl’o kopana le Lekala le amehang ho tla tsoela-pele ho ts’ohla litaba tsa Tlaleho eno ea Khaho ea Ntlo eno ea Botlotlehi, Ntlo ea rona ea bohlokoa ruri kahar’a naha ka mona.
- Hape, Litho tse Khabane, hosane ka Labone Ntlo e tla hlahloba le ho ananela Litlaleho tsa Komiti ea Ketsa-Molao tse ileng tsa fanoa ka koano maobane hore le ithute tsona.
- Tsebiso e ‘ngoe ke ea hore Litho tsa Women’s Caucus li memeloa sehopotsong sa Letsatsi la Machaba la Basali, e leng International Women’s Day. Litaba tseno li tla ts’oareloa mane Avani Lesotho ka Labohlano la la 6 March 2026, e leng Labohlano lona lena leo re tlang re le lebile ka 9:00 a.m. Memo ena e etsoa ke Lesotho Mounted Police Service Women’s Forum, e sebetsa ‘moho le The People’s Matrix Association.
- Tsebiso ea ho qetela, Litho tse Khabane, ke kopa le fuoe litokomane tsa ts’ebetso ho ithuta tsona – e leng Tsebiso ea Lipotso (Notice of Questions) le Tsebiso ea Phomolo e Khuts’oanyane (Notice of Short Recess).
Lea hopola, Litho tse Khabane, hore ke Laboraro kajeno, ‘me ke letsatsi la Lipotso, empa hee, ke hona re tl’o fana ka Lipotso hore Tulong e hlahlamang Bahlomphehi Matona a Khabane a be a lokile hantle, a tsebe ho araba lipotso tsa lona.
Next Item, Mr. Clerk.
TABLING OF SUBORDINATE LAWS
Hon. Senator T. Mokhosi (MINISTER FOR LABOUR AND EMPLOYMENT) tabled the following Regulations:
- Workmen’s Compensation, Regulations, 2026
- Agricultural Marketing (Product Control and Subsidised Input Protection) Regulations, 2026
- Financial Consumer Protection (Disclosure of Information on Insurance and Investment Products) Regulations, 2025
- Financial Consumer Protection (Complaints Handling) Regulations, 2025
- Financial Consumer Protection (Administrative Penalties) Regulations, 2025
- Fuel and Services (Control, Marking and Quality) Regulations, 2025
MR. VICE-PRESIDENT: Hon. Members these Regulations shall stand referred to the Legislation Committee for consideration thereof in terms of Standing Order No. 65 (3).
Ke hlalositse, Litho tse Khabane, hore ka mor’a hore re tekeloe Melaoana ena ke Letona le Khabane la Bosebetsi le Khiro, Letona le tla boela le tsoela-pele ka ho re tekela Polelo ea lona ho latela ka mokhoa oo le e hlophileng kateng. Ka mor’a mono Litho tse Khabane li tla ba le monyetla oa ho botsa Letona le Khabane lipotso e le hore le tle le hlakise litaba tse itseng tseo Litho li tla rata hore li hlake tse amanang le Polelo eo le tla be le qeta ho e etsa.
Letona le Khabane, u ka tsoela-pele ka Polelo eo u e hlophileng.
HON. SENATOR T. MOKHOSI: Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo ena e Khabane ea Senate le Litho tse Khabane. Ke leboha sebaka seo ke se fuoang ho tlalehela Ntlo ena e Khabane ka mosebetsi o fihletsoeng Phuthehong ea Khohola-Koqo ea Machaba ea Bosebetsi ea selemo le selemo (International Labour Conference).
Phutheho ena e ne e ts’oaretsoe Geneva, Switzerland ka la 2 ho isa la 13 Khoeling ea Phupu Selemong sa 2025.
Boikarabello ba ho ts’etlehela Ntlo ena e Khabane ka litaba tsena bo hlaha Temaneng ea Mashome a Mabeli a Metso e ‘Meli ea Molao oa Motheo oa Mokhatlo oa Machaba oa Bosebetsi. Ke lakatsa ho boela ke beha Ntlo ena leseling hore Selekane sena se ka kenngoa ts’ebetsong nako ea selemo ka morao hore se ananeloe ke Machaba a Kopaneng Phuthehong ena ea 2025.
Ke kopa ho tlalehela Ntlo ena e Khabane hore Phuthehong ena ho ile hoa ananeloa Selekane se reretsoeng ho sireletsa basebetsi khahlanong le Mats’osetsi a Tlhaho ea Likokoana-Hloko sa Nomoro ea 192 (Biological Hazards in the Working Environment Convention No. 192).
Ho ile hoa boeloa hoa ananeloa khothaletso e reretsoeng ho fana ka tataiso mabapi le ho sireletsa basebetsi khahlanong le Mats’osetsi a Tlhaho ea Likokoana-Hloko ea Nomoro ea 209 ea selemo sa 2025 (Biological Hazards in the Working Environment Recommendation, 2025 No. 209).
Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli, khothaletso ena e reretsoeng ho sireletsa basebetsi khahlanong le Mats’osetsi a Tlhaho ea Likokoana-Hloko (Biological Hazards), e fihla ka nako e loketseng – haholo ha re sheba lintlha tse latelang ka hare ho naha ea Lesotho:
- Boemo bo phahameng ba Mats’osetsi a Likokoana-Hloko mafapheng a bohlokoa joalo ka tlhahisong ea masela, tlhokomelo ea bophelo, temo le merafo.
- Tlhoko ea ho matlafatsa mekhoa ea boitokisetso le karabelo mabapi le likoluoa tse ka hlahang, mafu a ts’oaetsanang le mafu a ts’oaetsanang lefats’eng ka bophara.
- Monyetla oa ho sebelisa Selekane le likhothaletso tsena e le motheo oa ho tataisa leano la ts’ireletso, ho aha bokhoni le ho ts’oants’etsa mekhoa e maemong a likhoebo le mafapha a mosebetsi.
- Ho tekenela Tumellano ea No. 192, ho ka matlafatsa boitlamo ba Lesotho ho Litekanyetso tsa Machaba tsa Bosebetsi, hape ho ts’ehetsa ts’ebetsong e sebetsang ea Molao oa Ts’ireletseho le Polokeho ea Basebetsi Mosebetsing (Occupational Safety and Health Act, No. 4 of 2024, oo ka bokhuts’oanyane o bitsoang – OSH), e leng eo re ileng ra e fetisa, Bahlomphehi, ka hona ka Ntlong ena, le melaoana e kollang ho eona.
Ke kopa ho beha Ntlo ena e Khabane leseling hore Khothaletso ena ea No. 192 e fihletsoe naha ea Lesotho e se e kentse likateng tsa eona Molaong oa Ts’ireletso le Polokeho ea Basebetsi (Occupational Safety and Health Act. No. 4 of 2024).
Motlatsi oa Mookameli, Litho tse Khabane, ke lakatsa ho supa hore ho na le bonyane feela ba likateng tsa Selekane le Likhothaletso tsena.
Sepheo sa ho le tlalehela ka Selekane le Likhothaletso tsena ke ho beha Ntlo ena e Khabane sehlohlolong sa likateng tsa tsona. Ke boetse ke tsebisa Ntlo ena e Khabane hore Komiti ea Basebetsi le Bahiri (National Advisory Committee on Labor – NACOLA) e nkeletsang ka liqeto tse fihletsoeng liphuthehong tsa Machaba, le eona e tla hlahloba Selekane le Likhothaletso tsena ho bona na naha ea Lesotho e ka kenya likateng tsa tse ling tsa lintlha tse hlahang moo ka hare ho Melaoana e kollang ho Molao o Moholo oa Ts’ireletso le Polokeho le ho tekenela Selekane sena kapa che.
Ho boetse ho lokisetsoa hore Mokhatlo oa Machaba oa Bosebetsi o tl’o fane ka tataiso le kutloisiso e batsi hore na boikarabello ba ‘Muso, basebetsi le bahiri ke bofe ho kenya ts’ebetsong Selekane le Likhothaletso tsena.
Kea leboha, Mohlomphehi.
MR. VICE-PRESIDENT: Mohlomphehi Letona le Khabane, kea bona hore Mongoli e Moholo ke enoa kamor’a hau, ka lehlohonolo, e leng taba e mona eo ke eeng ke e khothaletse hore Bahlomphehi Matona a Khabane ha ba tla ka mona ba tle le bohlanka ba bona, hobane baa be ba tl’o etsa Policy declaration ka mona.
Policy declaration le li-commitment tseo le li etsang li phethahatsoa ke bohlanka kaha lea be le se le le sieo. Ke ee ke hlalose hore ha ba le sieo joale u ntse u bua ka mona – Baqolotsi ba ntse ba nka litaba tsena tseo u ntseng u li bua, joale e be ha li phethale, hobane ba ne ba le sieo ba sa li utloa, joale ba sa li etse.
The next thing eo Baqolotsi ba tl’o tla e etsa ke ho re, hee Bahlomphehi Matona ha ba leshano! Esale ba re tjena le tjena, empa ha ho na letho le etsahalang!
Joale empa lebaka le leholo la hore e be ha ho etsahale lethoke hobane batho ba ts’oanelang ho phethahatsa lintho tseno ke bana ha baa tla.
Hoa hau ke ho bua, Letona le Khabane! Joale ha Letona le bua le etsa declare the policy joale bohlanka ke bona bo phethahatsang. Joale u tla fumana litaba li sa phethahale.
Moo ke leng teng kajeno ke hore ke ile ka etsa qeto ea hore ke se ke ka u thiba ke u tlohelle u b’u qete Puo ea hau. Nako ena kaofela u nts’u re, “Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano.” Ho tloha mona u qetelletse ka hore, “Mohlomphehi Deputy Speaker.”
Ke ne ke re mantsoe ano a nepahetse Paramenteng mona, feela a nepahetse ka Ntlong eane e ka tlaase. Ka mona mantsoe ao u lokelang hore u a sebelise sebakeng sa Mohlomphehi Motsamaisi oa Lipuisano, ke Mohlomphehi Motsamaisi oa Ntlo. Sebakeng sa Deputy Speaker ka mona ke Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo kapa Vice–President.
Ke ne ke re ke u thuse joale ebile ka lehlohonolo ebile u na le Mongoli e Moholo e le hore a tle a u thuse kamoso hore ha u tla ka mona u tle u ts’oere tokomane e nepahetseng e etsang refer ho Botsamaisi ba Ntlo ka tsela e nepahetseng. Kea leboha.
Litho tse Khabane, Mohlomphehi Letona le Khabane o re file Polelo, ‘me ho latela Standing Order Number 27(b) le na le nako le monyetla oa hore le ka ‘motsa lipotso tse hlokang litlhakisetso mona le mane.
Le ka tsoela-pele, Litho tse Khabane.
HON. SENATOR DR. T. LEBESE: Ke u hlomphe, Ntate Vice–President, ke hlomphe Litho tse Khabane.
May I also acknowledge the presence of the Honourable Ministers that are here with us today?
Ke mpe ke lebohe Mohlomphehi Letona le Khabane ka Polelo eo a sa tsoa e etsa, Ntate Vice-President. Ke mpe ke supe hore litabeng tsa hae ha a ntse a thatoloha ka tsona o hlalositse litaba tsa bohlokoa haholo, haholo litaba tsane tsa ‘wosh’, Honourable Minister.
Litaba tsena ke batla ho li amahanya le potso eo ke nang le eona hore mohlomong u tl’u mp’u re thuse ho utloisisa litaba tsena hantle hore na hana rona re le naha, Honourable Minister re se re na le li-guideline kapa li-regulation tse re thusang mohlomong ho hlahlolla the biological hazards tsee tseo ho buuang ka tsona?
Mohlomong, Honourable Minister, u tla tseba hore in terms of biological hazards, e tla ba both organic and the un-organic. Empa tse tla batla li re ama ka kotloloho e tla ba the toxins tse ka fumanehang libakeng tsa ts’ebetso tse kang lifemeng, tse ka fumanehang libakeng tsa temo mohlomong e le li-chemical, empa in particular eo ke e hopolang ka hloko, Honourable Minister, it is a case eo re ileng ra ba le eona selemong sa ho feta mona ea a hazard e ileng ea etsahala – and unfortunately that resulted in death of that particular labourer, sebakeng sa ts’ebetso. Ke litaba tse ileng tsa etsahala mane Polihali.
Taba eno re ile ra e ts’ohla haholo, Honourable Minister, ‘me sepheo se seholo e ne e le ho fumana hore na do we have anything in place e le li-guideline tseo e ka bang li ts’ebetsong – haholo joale ha ke ithuta hore u tsoa ‘mokeng ona o mokana-kana? Pelaelo e kanna ea eba hore sechaba ha se leseling ka some of these guidelines tseo e bang mohlomong Lekala le its’etlehile ho tsona.
Ke utloa, Ntate Vice-President, ke lakatsa ho bua le Mohlomphehi Letona kapa ho qoqa le eena ho feta mona. Leha ho le joaloha e amane le litaba tsena.
Ke ne ke re, Ntate Vice-President, ke tle ke u hopotse hape hore Honourable Minister nakong ea ho feta o ne a ile a etsa Polelo e matla haholo ka mona e neng e its’etlehile haholo ho litaba tsa Labour Migration, joaleke ntse ke na le thahasello, Ntate Vice-President, ho fumana progress litabeng tseno.
Ntate Vice-President, libekeng tse tharo tse fetileng re ile ra ba le bacha mona, kea kholoa ba ka bang leshome le metso e ‘meli ba ileng mane moo ho ntseng ho thuuoa ka libomo. Ha ke tsebe haeba e ne e le karolo ea litaba tsena tsa Labour Migration tseo re ileng ra li ts’ets’etha, Honourable Minister, joale u re fa sets’oants’o hore na Lekala le shebile ho etsa joang.
Ke utloa ke lakatsa hore, Ntate Minister, ka tumello ea hau Ntate Vice-President, pele a tlatsoa, hle, a tla ke a etse address le taba eno eo a ileng a e etsa ka Polelo joalo ka ha a ile a etsa joalo.
Kea leboha, Mohlomphehi.
MR. VICE-PRESIDENT: Mohlomphehi Letona le Khabane, ke kopa hore u tl’u arabe potso ea pele hobane e amana ka kotloloho le Polelo eo u qetang ho e etsa hona joale.
Potso ena ea bobeli ea Mohlomphehi Dr. Lebese e bohlokoa haholo, Mohlomphehi oa ka, haholo-holo taking into consideration litaba tse etsahalang mane Middle-East hona joale.
Nka rata hore ha re qeta ho phethela mosebetsi ona oa ho botsa lipotso holim’a Polelo ena u k’u khahloe ke hore u k’u re letho ka litaba tseno tseo Dr. Lebese a qetang ho bua ka tsona.
U ka tsoela-pele ho araba potso ea hau Mohlomphehi.
HON. MIN. T. MOKHOSI: Kea leboha, Mohlomphehi Vice-President.
Ka ‘nete, Ntate, ke etse apology pele hore e be ke ile ka u etsa address le ho etsa address Ntlo ena e Khabane ka tsela eo e seng eona. Tloaelo e hlola kelello; kaha joale ke tloaetse ka Ntlong eane e ka tlaase e ba ka mehla ha motho u bua litaba tseno tsa tloahelo eno ke tsona tse u etellang pele.
Ha ke tla litabeng tsena tsa Mohlomphehi Lebese ka kotloloho mona moo a botsang ka Molao oane oo re ileng ra o fetisa 2024 oa Occupational Safety and Health hore na ekaba li-Regulations li se li tsoile na ke re Mohlomphehi, ha li e-s’o ka li etsoa ka lebaka la tsela ea rona ea ts’ebetso ea hore re sebetsa re le tripartite, ‘me mosebetsi oa rona sometimes o ee o tsamaisoe butle ke litaba tse eeng li ne li hlahe tseleng.
Selemong sena se fetileng re batla re hutse ka thata ka lebaka la linyeoe tse ileng tsa ba teng tsa hore na ekaba ke bo-mang ba nang le tokelo e matla ea hore e be ba ka ba teng mono NARCOLA, empa ka lehlohonolo Makhotla a e sebelitse e felile. Hona joale ke ts’epo ea rona hore NARCOLA e tla tseba hore e tsoele-pele ka mosebetsi ono esitana le e meng, hobane litaba li se li ntse li le matsohong, e se ele hore feela ba tsoela-pele ba sebetse.
Kea leboha, Mohlomphehi.
Le ho ena ea bobeli, Mohlomphehi, ke mo mametse Mohlomphehi Lebese, ‘me ke tla e etsa address le eona kamor’ao…
(PAUSE)
MR. VICE-PRESIDENT: Ke ntse ke qamaka ba nang le lipotso, Litho tse Khabane! Kapa ha le na tsona?
(PAUSE)
MR. VICE-PRESIDENT: Mohlomphehi Letona le Khabane, ke bona eka litaba tsa hau tse amanang le Polelo ena eo u qetang ho e etsa li hlakile haholo hoLitho tse Khabane. Ke nahana joalo hobane ha ho se na lipotso motho ehlile u tla ba le kutloisiso ea hore…
(PAUSE)
MR. VICE-PRESIDENT: Ha e le mona ke bona eka ha ho na lipotso – ka ‘nete, Dr. Lebese o ne a botsitse potso e ‘ngoe e bohlokoa haholo ha motho u nka litaba tse ntseng li etsahala mane Middle-East moo ka nepo a qetang ho hlalosa hore re qeta ho nka monyetla oa litaba tsa mosebetsi tse teng mono – ‘me nka rata hore ke u fe monyetla hore u tl’u arabe potso eno.
Pele u e raba ke ne ke re, Mohlomphehi Letona le Khabane la Mesebetsi ea Sechaba le Lipalangoang, u bile u le Moeta-Pele oa Ntlo, ke hlokometse boteng ba hau, Mohlomphehi oa ka. Maobane u ne u le Tulong ea Cabinet, I assume, hobane ha e le Labobeli ke letsatsi la Tulo ea Cabinet, joale re kene ka mona u le sieo joaloka Moeta-Pele oa Ntlo – Ntlo eo ebileng e leng uena ea re ahetseng eona.
Madam President ha a bula maobane mona o ile a etsa Polelo eo a ileng a ba a bua ka moaho ona o mocha joale u ne u le sieo.
Ke rata hore e tle ere ha re qetile le Mohlomphehi Letona la Bosebetsi le Khiro re tle re ke re u fe monyetla u tl’u k’u qoqe le rona ka mosebetsi ona o motlehali oo u re etselitseng oona, Ntate, hobane ke tlasa Boeta-Pele ba hau re qetelletseng re lutse ka moahong ona o majaba-jaba, o motle ruri.
Ha ke ntse ke etsa litsebiso mona re ntse re bua ka litaba tsa hore Komiti ea Bolisa e se e ntse e lisa Lekala ho botsa ka tlaleho ea moaho oane oa Ntlo ea Botlotlehi kapa ea Borena bo boholo. Le teng re se ntse re e-na le ts’epo hore u tlo tla u etsa mosebetsi o tsoileng matsoho.
Ke ne ke re ke mpe ke u hlokomelise feela hore ha Ntate Minister a qetile re tl’o tla ho uena, Mohlomphehi.
Honourable Minister of Labour and Employment, u ka araba potso eane ea bobeli ea Honourable Senator Dr. Lebese.
HON. MIN. T. MOKHOSI: Kea leboha, Mohlomphehi Vice–President.
Ruri taba eo ea Mohlomphehi Dr. Lebese ke taba e kholo, ea bohlokoa, eo hantle-ntle re le Lekala re sebetsanang le eona ka tsela e matla haholo, empa ke rata hore ke supe hore ke mosebetsi o hlokolosi haholo.
Re tla hopola hona joale, joalo ka ha u supa hore linaheng tsane tsa Middle-East ho na le mathata, hore na joale on this period eo re nang le mathata e ba hore na sechaba sa Basotho se ileng mono re sebelitse litaba ka tsela eo ba ts’ireletsehileng hakae.
Ke ka hona hantle-ntle re le Lekala leha re kekeng ra thibela bana ba Basotho hore moo menyetla e hlahileng linaheng tseno tse ka ntle hore ba ka ea mesebetsing eno, bona ka bo-bona feela re ee re re ba hlokomele hore ba tle ba se ke ba fumana ba anngoe ke litaba tsa human trafficking.
Re le Lekala re rata haholo moo litaba re li sebetsang le ‘Muso ka kotloloho. Ke rata ho etsa mohlala hore re mothating hona joale oa ho tla tekenela tumellano le naha ea Qatar, e leng e ‘ngoe ea linaha tse amehileng hona joale.
Maobane Tulong ea Cabinet, Cabinet e ne e etsa approve hore tumellano eo re e fihletseng le naha ea Qatar re fele re etse litumellano tsa hore e il’o tekeneloa.
Ke tumellano eo ka kotloloho re hlileng re sebeletsang hore naha eo Basotho ba ileng ho eona e le naha e be le boikarabello. Ha bothata bo hlahile, joalokaha bo hlahile tjena, Basotho ba tsebe hore joaloka sechaba sa mono ‘Muso oa mono o tla jara boikarabello ba hore na bona ba sireletseha joang.
Re shebile hape hore ho na le nako ea hore batho ba tla kula, ba tla ba le mathata, ba tla qabana le mong’a mosebetsi. Ka nako e ‘ngoe mong’a mosebetsi a ka batla ho ba etsa abuse, joale litaba tseno ke tseo ehlileng litumellanong tsa rona re hlileng re boneng hore ‘muso oa mono ka kotloloho o nka boikarabello.
Re na le tumellano eno, Mohlomphehi, eo maobane re neng re e behile ka pele ho Cabinet ka tse’po ea hore Litho tsa Cabinet le tsona li tla e hlahloba li shebe hore na ho tla etsahala’ng.
Litaba tsa ho isa batho ka ntle ha se mosebetsi o bonolo, ‘me ke mosebetsi oo re tlamehang ho o etsa ka tsela e hlokolosi.
Bekeng e fetileng ke ne ke kopane le Regional Director oa International Organization for Migration e le hobane re ntse re sebetsa taba ea capacity building eo re batlang hore ba tl’o kenya letsoho ho eona.
Kahar’a mehlala eo a neng a e supa o ne a re nakong e fetileng naha ea Ethiopia e ne e sa nka bohlokoa ba ho kenya letsoho e le naha ho sebetsa litaba tseno, ‘me batho ba ne ba itsamaela ka bo bona.
A re eitse ha ba re, hepo! Ba fumana hore, hee, Ma-Ethiopia a kena hae e le bafu ’me e le mafu a bakiloeng ke beng ba mesebetsi, ba fumana e phahame hoo ba ileng ba bona hore ba tlameha ho ema ka maoto ho bona hore batho ba se ke ba tsamaea ka tsela e sa sebetsoang semolao ke naha le linaha tseno tse amehang.
Mona moo re e sebelitseng, ha re il’o kopana le naha eane ea Qatar, ka bomali-mabe hona tjena motho u belaela hore ha e le mona ba le kahar’a ntoa e tla re liehisa, beng ba teng ha le kopane ehlile ba le etsa quota.
Ha re ne re le mono, leetong lane la Motlotlehi, President ea Kenya o ne a le hona teng, ‘me kahar’a litaba tseno tsa moo a neng a il’o kopana le keta-pele ea naha eno, joale a fuoa quota eo ha ke tlaleheloa ke liofisiri tsa haeso ba ile ba hlalosa hore o fuoe hore ba ka tlisa fifty (50) thousand ea basebetsi ba Kenya ho tla sebetsa mono.
E leng hore re lebelletse ntho e ts’oanang le rona mohlang e ileng hore re tla fumana quota, ‘me eo motho u ts’epileng hore e tla ba toma.
Li-Quota tsena li otla mahlakore ‘ohle. E ba batho ba professional le batho bao re reng ke unskilled labour.
Hona Naheng eno ea Qatar ha e ne e se ka liofisiri, re ka be se re le pele ho sebetsa taba tseno.
Leetong lona leno la Motlotlehi, PS le moifo oa hae ba ile ba hla ba ikhathatsa ba hla ba kopana le Boemeli ba Kenya hobane bona bo se ntse bo sebetsa taba tseno li le peli. Ba fumane hore na ba sebelitse joang, ba sebetsa joang, empa ba ile ba nka monyetla oa hore ba ke ba hle ba kopane le e ‘ngoe ea recruiting agents hona mono ho lumellanoe kapa ba lumellane le eona hore hang ha re se re entse sign tumellano ena joale re tla boetse le bona re il’o etsa sign tumellano hobane ke level eane ea Linaha moo li etsang sign empa ena ea hore batho ba fele ba tsamaee, ke recruiting agents tse sebetsang taba tseno hobane tsona li tla kena mesebetsing e fapakaneng ho batla hore na mesebetsi e teng ke efe.
Ba ile ba tseba hore ba fumane tlhakisetso ka botebo bohle ba hore na ha batho bano ba se ba tla na maemo ke afe, ho sebetsoa joang.
Ntle le Naha eno ea Qatar eo ke reng eona se re na le tumellano e seng e fetile, ha re ne re le mono ke kopane le Letona. Le ne le re ka tumellano kaha e ne se e ntse e sebetsoa. le re le se le emetse hore tumellano ena le e etse present to Cabinet.
Ha Cabinet e lumetse le tla boetse le re fa eona joale ka ha ba se ba re file, ke hobane e fetile Cabineteng. Joale empa ho boetse hape ho se ntse ho na le tmellano e seng e le advanced haholo le Naha ea Saudi Arabia. Eona e se ntse e sebetsoa ke Bahlanka, eo eleng ts’epo ea rona hore le eona haufinyane e tla be e le maemong ao mohlomong re ka tsebang hore joale re e fetisetse ka pele ho Cabinet. Le bona ka nqane ba e fetise ka pele ho Cabinet ea bona ebe re e etsa sign.
Re tsitsintse Naha tse ‘maloa. Re ile ra ba le leeto leo re neng re le George hantle-ntle selemong se fetileng moo Matona a Labour a neng a kopane teng. Re ne re nke monyetla oa hore Linaha tse fapakaneng re kopane le tsona mono tse kenyeletsang Germany, Canada, Japan le tse ling. Ke se ke le moholo nka ‘na ka li lebala. PS o ts’oanetse a ‘na nts’ebele pela ka mona.
Kahar’a Naha tseno Naha eo re neng re fumane le eona re khahluoe haholo ke ea Japan. Eo beng ba eona ba neng ba re ha hona joale tjena re ntse re sekametse ho batho bao re reng ba professional, ka selemo sa 2027 ba se ba tlil’o nka batho ba unskilled ba se nang letho letho leo ba le tsebang. Ba batla batho bano hobane bona ba re ba batla hore ba tlo ba fa training ha ba fihla Japan. Ba ba etsa train ho latela hore na litlhoko tsa bona li hokae.
Ke tse ling tsa litaba tseo Budgeteng ena ea 2026/27 ha taba li re lumetse, re li shebileng ka leihlo le nchocho hore re ka rata ho tla lokisa bana ba Basotho re ba lokisetsa monyetla ono oa Japan. Le ona re batla hore re tlo tla re ba thusa ka taba ea communication hobane lehaele mona ho thoe leha a se na tsebo ea mofuta ofe kapa ofe, phephetso e il’o ba taba ea puo ho ba bang ‘me ho bohlokoa hore re be le mokhoa oa hore re tlo qala puo ea Sejapane Lesotho mona ele hore ka nako eno e tle e re ha ba e ea ba be ba le boemong.
Re ne re boetse hape re shebile hore Vocational Technical Education ka’nete e key ha re sheba ntho ena ea ho etsa export labour. Hoo re ts’oanetseng ho batla hore na re etsa joang hore batho ba rona ba koetlisoang Litsing tseno ha ba qetile mono ba be boemong ba hore ba ka tseba hore ba kene mosebetsing ele hobane ba entsoe train ka tsela e ba behang boemong boo.
Re bile ra sheba leha matlanyana a rona a fokola hore selemong sena ha Molimo a ka re lumella, Budget ena ea lumela, re tle re ilo sheba hore na Ntlafatso Skills Training Centre e ke ke ea kenyeletsa tse ling tsa lithupelo tse ka tsebang ho thusa hore ha ba tsoa mono ebe ba boemong.
Re boetse ra sheba hape hobane mosebetsing opportunity e kholo hape ke hore batho bana ba il’o sebetsa malapeng e le domestic workers. Joale empa eaba rea sheba hape hore the biggest challenge eo ba tla tla ba thulana le eona bo-’M’e le baroetsana ba Basotho ke ea mofuta oa thepa, oo joale ba ilo kopana le eona ha ba kena malapeng naheng tseno tse joalo.
Joale sepheo ke hore na re tla ba etsa equip ho Ntlafatso Skills Training centre ka thepa ea mofuta ofe eo ba ka tsebang hore joale ba tlohe mona ba tseba ho e sebelisa. Re bile re shebile hape hore Linaheng tsena tse ling ha ho thoe motho o sebetsa lapeng, ehlile motho eno o rongoa le shopong, o isa le bana sekolong, o’a ba lata ‘me e bolela hore o tlameha a ba na le skill sa ho khanna ebile ele motho ea ka tsebang ho sebelisa gadgets tsena tsa hona joale hore li mo tataise kahar’a toropo tseno ha a khanna koloi.
Ka’nete Ntate Mongoli e Moholo o ne a se ntse a sheba hore na ba ka etsa develop Curriculum ea Ntlafatso Skills Training Centre joang hore ebe re tla qalella selemong sena sa lichelete se tlang hore ebe re se ntse re amohela batho ba lokisetsoang hore ba ka tseba hore re ba ise mesebetsing eane e mecha ba le ready.
Kea leboha, Mohlomphehi.
MR VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane. Kea bona hore u tekile litaba tse monate. Li tla ba le lipotso tseo ke bonang eka li tla nyanyeletsa.
HON. SENATOR S.B. SEEISO: Ntate Motlatsi oa President, kea leboha Ntate.
Haeba Ntate Lebese ke mo utloile hampe kapa hantle, a nts’oarele. Ke utloa eka ke sa resele taba ea Honourable Minister e buang ka hosane hore na ho tla etsoang, ke nyanyeletsa mona moo ke utloang eka Ntate o re na as of last week ha li bomo li qala ho oela, ha li bomo li ntse li oela today ebe mohlomong ke nonts’e potso eo ea ka kapa ea hae.
Mr VICE-PRESIDENT: Morena oa ka, ak’o nts’oarele nke ke u kene hanong. Ke hlokomela hore ekare u moo u sa ts’oanelang ebe u lutse hona teng. Ke kopa u ts’oare setulo sa hao u tlo bue u le ho sona.
HON. SENATOR S.B. Seeiso: Ke kopa ha ke qetile Ntate ke tle ke etse joalo
MR VICE-PRESIDENT:(laughing) Ke kopa u ntumelle u ee hona tjena Morena oa ka.
HON. SENATOR S.B. SEEISO: Ha kea rerisoa hore ke ee mono.
MR. VICE-PRESIDENT: Kea u rerisa Morena oa ka.
HON. SENATOR S.B. SEEISO: Aah che re tla bua tsa makheleng hosane.
MR. VICE-PRESIDENT:(laughing) Morena oa ka ha ke bone hantle, u ka tsoelapele haeba ke Matsieng mono. (laughing)
HON. SENATOR S.B. SEEISO: Ae Ntate kea leboha, ha kea tla ho tla tseka litulo ‘me kea leboha Ntate ha u mphile setulo.
Ke ne ke le moo ke reng Honourable Minister a fane ka karabo eo ke e khotsofallang. Che mohlomong kamoso we will interrogate it a bit further about the details of exactly what he just put before the House.
Joale empa ke utloa eka moelelo oa Ntate Lebese oo mohlomong ke kopang ho kenella ho ona e ne ele hore we have bana ba Basotho in the Middle East as we speak. Ba ile Linaheng tse fapakaneng ka mabaka a fapakaneng.
Na joale ebe Honourable Minister kapa ‘Muso oa Ntate Motlotlehi o Khabane, do we have any figures tsa bona? Do we have any situational analysis ea moo ba leng teng? Ea hore na ba hokae, na ts’ireletso ea bona hona joale ha re bua ke efe hobane mohlala, ke utloile hore Government of United Kingdom e etsa litukiso tsa ho etsa evacuate 800 000 people from the Middle East.
Re kile ra oeloa ke kotsi ena kea kholoa nakong e fetileng ka Ukraine, ea hore ntoa e ile ea kupa kapa ile ea qala ho bonahala ho se na an immediate response from the Government kapa ho imatahanya le ba nang le mapheo a ka khonang ho re kenyeletsa tlasa ona.
Kea kholoa potso ea ka haeba Ntate Lebese a na sa bolele kapa a na sa buelelle on that particular page, a nts’oarele. Ke ne ke utloa eka o re as we speak today, Trump has threatened to ramp up libomo. Iran in retaliation will ramp up booms that are ballistic or even other weapons of mass destruction.
Ke hore na bana ba Basotho mono, there is an Embassy in Kuwait have equipment to kapa ena le intelligence e lekaneng ho phopholetsa na Basotho ba hokae?
Ha e se e fumane, what is the Ministry of Foreign Affairs doing in collaboration le Muso to try and secure the safety of Basotho citizens in that part of the world that is extremely volutile in this time?
Ntate u nts’oarele haeba se ke entse hijack potso ea hao, empa kea leboha Ntate, ‘me ke ikhutlella mane moo u neng u re ke tlohe teng.
MR VICE-PRESIDENT: Kea leboha Morena oa ka. ‘Na ha ke utloe eka ekare u fetotse sebopeho sa potso ea Dr Lebese. Ke utloa eka u tlatselelitse hobane Dr Lebese o na hlile a batla Mohlomphehi Letona a ke a re qaaqaa ka litaba tsa batho bana bao re ntseng re ba romella Linaheng tseno haholo haele mona joale ho se ho bonahala ho loanoa e mahlo a mafubelu ka hare ho Linaha tseno.
Honourable Minister, lipotso tsa Morena oa ka oa Sehlooho oa Matsieng ke tseno tse amanang le figures tsa hore batho ba rona ba bakae, mohlomong le their whereabouts.
U ka araba, Mohlomphehi.
HON. T. MOKHOSI: Kea leboha, Mohlomphehi Vice-President.
Kea hlokomela hore ehlile ke ne ke sa araba potso ea Mohlomphehi Lebese ka botlalo, ka hona ke lebohe haholo Mohlomphehi Morena oa ka oa Matsieng. Bana ba Basotho ba qetang ho ea hona joale through the assistance of the Ministry of Education haholo-holo litaba tsa bona li ile tsa sebetsoa haholo ke Lekala la Foreign Affairs.
Eleng hore ha ba fihla mane moo ba fihlileng teng, ba fihletse kahar’a matsoho a Lekala la Foreign Affairs ‘me Boemeli ba rona bo Kuwait mono. Eleng hore hohle moo ba leng hona teng, Boemeli ba rona bo ea tseba moo ba leng hona teng.
Ntle le bona re ne se ntse re na le bana ba Basotho ba neng ba hakanyetsoa ho 25 ba neng ba le Naheng eno ea Kuwait feela nakong eane eo re neng re ile le Motlotlehi Rabasotho ha re le Qatar. Ba ne ba bitsoe ra kopana le group e ‘ngoe ea bona ‘me litaba tseno li ile tsa etsa hore ebe kaofela ha bona bana ba Basotho ba mono ba se ba le boliseng ba Lekala leno la tsa Machabeng.
Joale ha a hlalosa Mohlomphehi Letona maobane le ile la re hohle moo ba leng teng hona tjena ba se ntse etsoa conduct ho bona hore na ebe litaba tsa ts’ireletseho ea bona li boemong bofeng. Eleng hore ha maemo a ka bonahala a ka tlama hore ho etsahale se seng ho feta ntho ea hore ho ntse ho buisanoa, Lekala la rona la Machabeng le hlile le se ntse le eme ka maoto ho sheba litaba tse ling ho li alosa Mohlomphehi.
Kea leboha.
MR VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane. U buile ka hore le se ntse le phethela tumellano e tlo tla e tekenoa haufinyane le Qatar. Haufinyane hape-hape le tla be le kena tumellanong e ‘ngoe le Saudi Arabia. Ho tloha mono, leha u sa hlalosa hore le tlo kena litumellanong, empa u hlalositse hore ho na le Linaha tse ling tse nang le thahasello joaloka Georgia, Japan, Germany, Canada. Litaba tsena li re bolella hore taba ena ehlile e ka ’na eaba taba ena e kholo ho feta ka mokhoa oo re hopotseng kapa re bonang kateng.
Ka’nete motho u ka khahloa hore Mohlomphehi Letona a tla ka khahloe ke ho etsa litaba tse peli. Ea pele e ka ba hore u tlo k’o khahloe hore kamoso u tle ka pele ho Ntlo ena u tlo tla re tekela Leano la ‘Muso litabeng tsona tsena tse tataisang litumellano tsena ele hore Litho tsena tse Khabane tsa Ntlo li be le kutloisiso e feletseng hobane ke Baetapele mane moo ba leng hona teng.
Ba tlameha ho otlolla le ho hlakisetsa sechaba seo ba se eteletseng pele ka litaba tse ling tse amanang le mosebetsi ona o motle oo Lekala la hao le ntseng le o etsa, Ntate. U tlo k’o khahloe hore kaha ke kutloisiso ea ka hore litaba tsena li etsoa within the frame work ea policy e teng, u k’o tlo tla arolelana litaba tsa policy eno ba e utloisise hantle. Ke lumela ha ba e utloisisa hantle, le lipotso tsa bona li tla teba empa ha li na ho teba feela, ba tla be ba tlatsetse mona le mane hore policy eno e none ka ho fetisisa.
E ‘ngoe eo ke nahanang hore u ka khahloa hore… mohlomong pele ke feta eno ea policy, litaba tsena ha motho u ithuta li ile tsa etsahala ka nako e fetileng, li etsoa ke mofu Morena Leabua Jonathan tsena tsa ho fepela Linaha tse ling ka labour kapa Basebetsi.
Morena Leabua o ile a etsa litaba tseno le Muso ona o ka mose ho noka mona oa Afrika Boroa. Joale ke na le pelaelo ea hore policy ea hae e ne le one of the best policies kapa policy tse ntle ka mokhoa o makatsang hobane e ne e utulla litaba tsena tseo Morena oa ka oa Sehlooho oa Matsieng a li batlang tsa lipalo-palo.
Ka lebaka la policy eno ea hae, ha u n’o botsa u n’o ka tseba hore a ofe lipalo tsa batho ba ileng merafong Afrika Boroa hobane ba ne ba tsamaea tlas’a tumellano e itseng. Ha se feela molemo o ileng oa ba teng.
Molemo o moholo ke hore ka lebaka la tumellano eno, Lesotho le una molemo o moholo hobane ho ne ho na le lichelete tseo eleng hore basebetsi bano ha ba lefshoa merafong mane, ho na le karolo e ‘ngoe ea chelete eo ho neng ho entsoe litumellano hore e tle Lesotho koano e tlo tla e kena li bankeng.
Ke na le tumelo ea hore ke eona e ileng ea sebelisoa ho etsa lintlafatso tsena tse ngata tseo Morena Leabua a ileng a li etsa ka hare ho Naha ka mona. Eleng hore ha re ka ra etsa joalo, le rona nakong eo re ntlafatsang leano la hao, o’a sheba hore na o ne a entse eng. Ke na le tumelo ea hore re tla una molemo o moholo haholo.
Ke ne ke re ke mpe ke qetelle ka hore taba e ‘ngoe ea bobeli eo ke e kopang Mohlomphehi Letona le Khabane, kea hore ha ke tsebe, ke ntse ke nahana empa u tla re tataisa hore na litumellano tseo tsona u ka li etsa share le Ntlo ee e Khabane ha li se li le teng.
Ke baetapele, ba eteletse sechaba pele mane ‘me ba ts’oanela hore ba se hlakisetse ha ba na le liphephetso hore na litumellano li sebetsa joang. Ha tumellano e sa tsamaee hantle kapa ba sa ts’oaroe hantle, ea be ele hore baetapele bana ba sechaba ba tsebe hore na ha ho nepahetse tumellano ke ha e le joang.
Ke ne ke re mohlomong che ha ke tsebe hore na u tla ntataisa mono. E ne ele tsona litaba tseo ke re mohlomong ke li akhele. Ke bona eka ekare u na le ntlha. E re ke u fe, Mohlomphehi oa ka.
HON. T. MOKHOSI: Kea leboha Mohlomphehi, Vice-President. Ka’nete ehlile litaba tsena kea kholoa le leng la mabaka ao ekang li tsamaea butle ke hona hobane re shebile litaba ka bophara.
Ke buile haholo ka tšireletseho ea Basotho ha ba se ba tsoile, empa ka hare ho eona ea eba taba eo ea repatriation ea lichelete tsa bona ha ba e-tla Lesotho. Ke e ‘ngoe ea litaba tseo re tl’o li haella ka hare hore li fele li be teng.
Taba ea hore le bona challenge e kholo ke hore rea tseba hore Basotho ka nako eo ba neng ba le merafong mathata a neng a ba hlaela hae mona – mathata a bile teng le mohlang ba khutlang ba etla hae, joale re sebeletsa hore re tle re be le programme eo re tsebang hore e tla hlokomela batho bana ha ba ile le hore na ba habo bona ha ba setse mona – e mong o tl’o siea bana, a ba siea tlhokomelong ea bana kapa ea maqhekoana, joale ke ho re na ho tla etsahala joang nakong ea ha a le sieo.
Programme ena e tl’o etsa address taba eo, empa re boetse re re mohlang ba khutlang, e le eona taba ea ho ba etsa re–intergrate hape ha ba fihla hae mona, na ho tl’o etsahala joang. Mane moo ba eang hape ba ea to different cultures. E leng ho re re tlameha hore ba tsamaee re ba lokisitse ba se ke ba fihla mane ba fumane hore o ne a tloaetse ho itšoarela lekoti-koti seterateng joale ha fihla koana o se a ts’oaroa ka litaba tse joalo tseo re sa li rateng.
Ke hopola e mong eo nkileng ka kopana le eena ha ke le koana, ke mo fumana a se a sebetsa ho paka likoloi joale ke ‘motsa hore ke belaela u se motho oa mona? E ba oa hlolosa hore: ‘Ee ka
‘nete ho joalo a hlalosa hore na o hlaha kae. A re ‘ke tlile mona ke le driver, ‘empa likhoeli tseo ke li qetileng ke le mona e ne e re ha khoeli e fela ebe joale ho kena statement se supang chelete e ngata eoa tlamehang ho e patala hobane joale habo o ne a tloaetse ho bona mapolesa, joale mane ho ha hona mohlang a bonang mapolesa, o itsamaela feela, fela ha khoeli e fela o kopana le liqoso tse ngata tse etsahetseng a se aware.
E leng hore ke lintho tse ngata tseo re ts’oanelang ho lokisa Basotho ba rona hore ba tle ba tsebe ho ba boemong ba hore lintho li tle li ba sebeletse. Ka ‘nete ena ea nyeo eona e teng, ha ke tsebe na Ntate Clerk a ka re lokisetsa agreement ea rona le Qatar. Ntate PS ke enoa a ka fa Ntate PS motho ea ka mo fang eena eaba o e fa bahlomphehi, ho bohlokoa hobane ka ‘nete bohlale ha bo ahele ntloana-‘ngoe, ka nako e ‘ngoe re ka nahana hore ka bohlanka re e shebile re koetse likoti tsohle, empa oa fumana hore Bahlomphehi ka lebaka la different experiences ha ba e sheba ba bona mefokolo moo e leng teng, ea re ha re fetela naheng e ‘ngoe re fetela mono re se re matlafasalitse ho feta mona moo re leng teng.
Kea leboha Mohlomphehi.
MR. VICE- PRESIDENT: Ruri ke lebohile haholo Ntate, Ntate Clerk o tla ba s’a kopana le Ntate PS ba hlophisa litaba tseo, re lebohile haholo.
HON. SENATOR M. MOSHOESHOE (Point of Order): Ke ema ka Ntlha ea Tsamaiso. Ke hore ke ile ka leka ho tsitsinya mona ke re kaba u tla tla mpona, joale ke bone eka ha ke bonahale ke mokhuts’oane ke ne ke kopa u tl’o nchebe ka leihlo la mosa ke bue pele ho Leader of the House ka potso ea ka ho Letona le Khabane.
Potso ea ka e ‘ngoe e mpa e ntlha li peli ho Letona le Khabane la Labour, Ntate Mokhosi, u buile litaba tse monate haholo ka sekolo sa rona sa Mohale’s Hoek sa Ntlafatso Training Center, ke vocational school. ‘Me u bonts’itse mona hore budget ha e ka u lumella u tlo kokota hore basebetsi ba malapeng ba fumane training mono, joale eaba ke se ke ts’oara hona mono hore ka mona ka Ntlafatso Skills Training Center nakong eo sekolo se ileng sa ba le challenges tsa finances, se ile sa etsa partner le Kao Mines. joale mine oo o etsa sponsor baithuti, joale ke re na e ka se be bohlale hore uena ka Lekala la hao haeba u bona budget e thekesela e le moketanyana na u ka se kope Kao hore ba o tlatseletse na?
Ea bobeli ke hore Ntate Minister, in as much as u re u batla ho trainer basebetsi ba malapeng ba be le litsebo tsa marao-rao, haholo bana bao ho buuang ka bona hore haeba ba ka hiroa ka ntle ho nahaha ba be le litsebo tsa ho sebelisa li gadgets, ba tsebe ho khanna, ba tsebe le hore malapeng mona matsatsing ana re se re na le cameras matlo a rona a se a e-na le security e tight haholo ba tsebe to operate lintho tseo kaofela which is good.
Ke ne ke re na are you aware hore hona hae moo ho na le li agency tse etsang recruit basebetsi oa li tseba? Li teng Maseru mona li ngata. Na u katseba ho li laola? Li ntse li hira bana ba Basotho li ba nts’etsa ka ntle ho naha, le rona ha re tsielehile re ntse re kokota menyakong ea bona re re ba re fe basebetsi bao ba malapeng.
Agency tseno tsona li se li entse train batho ba bona, ba se ba tseba ho sebelisa machine ena, washing machine le tse ling ka tlung ka mona ntho tse basic, na oa li tseba agency tseo? Na li molaong? Ke tsona litaba tsa ka tseno.
Kea leboha.
HON. T. MOKHOSI: Kea leboha Mohlomphehi Vice-President, Ka ‘nete ke lebohe lipotso tse ntle tseo tsa Morena oa ka oa Likueneng.
Ho joalo Ntlafatso Skills Training Center e na le nako e telele e sebetsa le Kao Mines ‘me khothaletso eo a-e etsang ke ea bohlokoa, ke nahana hore ho bohlokoa ke tle ke etse teko ea hore re fumane na a ka re thusa ha kae, ke ‘nete motho u ka se re u tla ea o phahamisitse ts’epo haholo ka lebaka la maemo a teng kahar’a li mines, haholo tsena tsa taemane. Empa ruri re tla e nka re kopane le bona hobane sejo-se-nyane ha se fete molomo. Ho honyane hoo ba ka ho etsang, noka e tlatsoa ke li nokana.
Recruiting Agencies li teng ‘me ka tokelo li ts’oanetse hore li tle Lekaleng ho tla ngolisa ho ba ke hona moo li tla etsoa regulate teng, empa ke na le pelaelo e kholo hore ho ka etsahala hore li ngata ho feta tseo rona re nang le tsona joale u fumane hore tse ling ha re li tsebe, ha re li etse regulate.
Mohlomong e ka ba hantle hore Ntate PS re ke re etse lets’olo la ho bona hore Basotho ba qalang likhoebo tseno ba tsebe hore ba tlameha ho etsa register Lekaleng, re tle re tsebe ho etsa regulate litaba tseo ho ba hantle ke bosebetsi, moo mo ba teng le bona ke bahiri, ‘me lekala le ts’oanela hore ebe lea tseba ka bona le bone hore litaba tseo tsa bosebeletsi ba li ts’oere hantle.
Re tle re tsebe ho bona hore na re ka ts’oarana ka matsoho joang le bona joalo ka ha re re re batla ho kenya letsoho moo. Empa u ka tloha oa fumana ho re ka nako e ‘ngoe re ka fihla ra kenya 10%, eaba 80% e etsoa ke bona ka tseo ba seng ba ntse ba li etsa, kapa eaba rea ba bonts’a hore na re bona eka ho hlokahala ba kenye eng le eng hape mesebetsing eo ea bona. Ke belaela hore re hloka hore re ke re eme ka maoto re phatlalatse hore litaba tseo li fihle matsohong a bona tse bohlokoa hore ba itlhahise Lekaleng joale re tsebe ho sebetsa le bona.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha Letona le Khabane, oa bona bohlokoa ke ba hore Litho tse Khabane tsa Ntlo ena li ntse li fana ka boeletsi mona le mane, ‘me ho bohlokoa haholo hore Agency tseo haholo ho ba ho se ho e-na le liphephetso tse mona tsa human traffic, ho bohlokoa haholo ha ba ntse ba eletsa hore agency tseno tse etsang recruit Basotho hore ba il’o sebetsa linaheng tse ka ntle ba ngolisoe ka molao, ‘me ha ba ngolisitsoe ka molao u tla tseba hore u ba laole ka tsela e nepahetseng kaha ba etsa chelete le lekhetho le tsebe ho ba teng naha e fumane chelate, re se phutle ka mokotla oa fumana hore we are heavily dependent holim’a SACU revenues feela re ntse re na li option tse ling tseo re ka li sebelisang locally to generate revenues re tsebe ho arabela litlhoko le mathata a naha ena.
Ntate Minister Public Works o hloka chelete hore a tsebe ho re etsetsa infrastructure kahar’a naha ena.
HON. SENATOR S. K. MASUPHA (Point of Order): Kea leboha Mohlomphehi, kea kholoa ka lebaka la mesebetsi ea rona e mengata ke ne ke lokela hore ebe ke fihlile ka nako empa che ha kea tloaela hore ke fihle ka nako ena.
Ntlha ea Tsamaiso eo ke emang ka eona ke ea hore pele re tla kahar’a ntlo e ntle ena e khahlehang ena re ne re ile ra mengoa ke Mr. Clerk hore re tle pele re tlo tla lula ka koano re tsebe ho tla lokisa taba ea sitting arrangement empa taba eo ke hlokometse e le taba fela e ileng le metsi, ‘me ke ipotsa hore na ebe taba eo ha ho sa etsoa le tlhaloso ea hore na re tena re lula ka tsela ena e ncha na ke ka mabaka afe?
Ebile nka hla ka bonts’a hore kea tseba hore ke kahar’a Komiti e etsang litlhopho, e eteletsoeng pele ke Mohlomphehi Mamolapo, empa ha boemo bona bo se bo felile tje ke ne ke lumela hore re lokela hore re le batho ba ikarabellang ka Molula-Setulo enoa oa rona ebe re tlile re tl’o kopana ha ho se ho phethetsoe litaba, feela ke bona ho na le lintho tseo re li tlolang holimo, ‘me kea ngongoreha ke ntho eo hobane ke na le tokelo ea hore ke le Komiting eo ke tsebe hore na methati ea litaba tsa tlhopho ea rona e ntse etsahala joang.
Taba ea ka ke ena, ha re ne re le ka tlaase ka mane, ho na le tsela eo re neng re lutse ka eona. ha rea bolelloa kapa ‘na ke maketse ke bone re se re na le tulo e ncha fetohileng e seng e fapakane le eo re neng re lula ka eona, na ebe re kile ra botsoa maikutlo ho re na re amohela hore re pelekanngoe e mong a isoe koa kapa ho etsahala eng Mohlomphehi? Kea kholoa ke Ntlha ea Tsamaiso eo ke neng ke hlaha ka eona haeba ke hlakile.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: U hlalositse hantle Morena oa ka hore ntate Clerk o ile a le bitsa le le Komiti le tlo sebetsa taba ena, ‘me le ile la lula. Ke utloa eka e ka ‘na eaba lona le le Komiti le hlotsoe ho etsa mosebetsi la o phethela, ‘me ha ho le joalo ha ke utloe eka ke phoso ea Tafole kapa Administration haeba le lutse ‘me eaba ha le qete mosebetsi.
Mohlomong u ka b’o u ile oa kopa hore Komiti ea heno e ke e lule fatše e ke e fumane hore na hobaneng ha le siile mosebetsi ka le hare haeba le o sihile ka le hare, ke lumela haeba le ile la lula fats’e la etsa litumellano, le ne le ts’oanetse hore le kopane hape le lutse fats’e le tlo sheba hape hore na ho etsahetse’ng, haeba ho na le litaba tse sa le khotsofatsang ka tsela eo ho lutsoeng ka eona.
E ts’oanela hore e be e khutletse ka Komiting le ke le il’o e sheba hantle hore na ke ho kae moo litaba li sa tsamaeang hantle haeba hona le moo lona litho tsa Komiti le utloang eka ho na le moo litaba li sa tsamaeang hantle kamor’a hore lona le ile la li sebetsa le ho etsa likhothaletso.
Ke kopa re se ke ra etsa dialogue Morena oa ka, ho bohlokoa hore lona le lule fats’e le le Komiti joale le bitse Ntate Clerk haholo ha ile a le fa monyetla oa hore le lule fats’e. Le ’mitse joale le il’o qoqa taba ena le e shebisane hore na le e rarolla joang haeba le bona eka ke bothata tsela eo ho lutsoeng ka eona.
Mohlomphehi Letona le Khabane, u re etselitse lintho tse ntle haholo u ne u le siko maobane u le tulong ea Cabinet.
HON. MINISTER M. N. MOTEANE: Kea leboha Ntate Vice-President, ‘me Mohlomphehi ke leboha hape le tlotla ena eo ke e fuoang ea hore ke mpe ke fane ka a mabeli a mararo litabeng tsena tsa mosebetsi oo re fihlileng mona hona joale, empa oo ke lumelang hore ho tla nehapala hore Ntlo ena ha e felile ka nako e lokisitsoeng ke mookameli, re tle re tsebe ho tla e bonts’a sechaba, ‘me le hlooho ea ‘Muso e tle e be teng hobane etsoe ke ne ke se ke sa robale a botsa hore na tse tsa hao kaofela li project ke mathethebale?
Taba ena e ne mo ts’oentse, ka ‘nete kea leboha Litho tsa haeso tse Khabane le ‘na joaloka Morena oa Lioli ke ntse ke batla hore na hantle ha ke tseba hore ha ke Honourable Ramoeletsi ke tla fumana moo ke eang teng neng? Empa re tla e lokisa. Ha ke na lahleha nako e telele. Ka ‘nete hoo ke neng ke mpa ke leka ho ho etsa ke hore feela ke mpe ke fane ka polelo e khuts’oanyane.
Ke qala ho bona bothata bo bitsoang ke ntlo ho fela, ‘me u tla fumana hore e fela le ba neng ba ntse ba qala mosebetsi ‘moho ka nako e ‘ngoe ba se ba sa buisane. E leng ho re ha Ntlo e felile kannete hoa nepahala hore re boele re ithapelle, re boele re boke hore mosebetsi oa ho emisa Ntlo o felile, ‘me kea tseba litaba tseo li tla etsahala.
Ha Selemo sena …
HON. SENATOR DR T. LEBESE: Ntlha ea Tsamaiso, Vice President.
MR. VICE-PRESIDENT: Ntlha ea tsamaiso Dr. Lebese.
HON. SENATOR DR. T. LEBESE: Kea leboha, Ntate Vice-President.
Ke bona Ntate Clerk a ntse a e khutlella, a re re e tlohelle. Ha re tl’o e tlohella, Ntate Clerk! Morena oa Matsieng ho ile hoa thoe a tlohe mane e le hore Mohlomphehi Letona le Khabane a il’o lula mane moo lebitso la hae le ngotsoeng teng. A ke ke be a bua a le mona, hobane ke lane moo le ngotsoeng teng!
Tsamaea u ee mane, Mohlomphehi, u il’o lula mane! U ke be ua bua moo u lutseng teng, kaha mona ho ngotsoe Honourable Moeletsi; eseng uena!
MR. VICE-PRESIDENT: Ka 2011 ngaka e ile ea re ke roale likhalese tsa mahlo kaba ka li roala, joale eaba lia lahleha, eaba hohang ha ke sa khutlela hore ke li roale. Joale ke na le hore ebe ha ho ngotsoe mengolo mane ebe ha ke e bone hantle.
Mohlomphehi Letona le Khabane, ke ne ke kopa hore ka ha joale re se re ile ra etsa taba ena pele hore u ee moo u ts’oanetseng hore u lule teng.
Ha ke bone hore na ho ngotso’eng mona, ke se ke utloa ha ke bolelloa hore-kea kholoa Ntate Clerk le Komiti ena eo e etelletsoeng pele ke Mohlomphehi ‘M’e Mamolapo ba tla lokisa litaba tsena.
Ke ne ke kopa hore, Mohlomphehi Letona le Khabane, molemong oa hore re be le consistency, u mpe u ee mane re tle re tsebe ho qeta, Mohlomphehi oa ka.
Hela! Ntate Motsamai, u ntse u bua le Moetapele oa Ntlo!
Rea leboha, Mohlomphehi, u ka tsoela pele.
HON. M. MOTEANE: Ke boela ke itebohela ha e le mona ke se ke fumane sebaka sa ka, ‘me ke tiisa hore ha ke sa tla lahleha hape.
E ne e le moo ke neng ke qeta ho hlalosa boemo bo tlotlehang, ba hore ebe mosebetsi o felile ho sa tsotellehe hore na ke mosebetsi oa eng. Ho na le sefela sa kereke ea Evangeli Lesotho, se eeng se binoe, se re “…ha mosebetsi ona oa ho emisa ntlo o phethehile, re boke…” ‘Me ha re iteboheleng ke hona hore ho phethehile.
Joale ke ne ke bile ke re kea khothatsa, ke re Selemong sena sa Lichelete re ne re se re ile ra ts’episa, re le bolisa ba mesebetsi ea sechaba, hore ke Selemo seo ka sona re reng ‘Muso ona o etelletsoeng pele ke Ntate Tona-Kholo o qetele tsohle tse matsohong. Le ka utloisisa thabo ea Letona la Mesebetsi ea Sechaba, ha hona ho etsahetse.
Empa kannete re le ‘Muso re lokela re jare ts’oabo kamehla hore Mesebetsi e meng e Meholo e ntse e e-s’o fele. Ke mosebetsi oa Ntlo ea Botlotlehi le Museum tseo kannete ho se fele hoa tsona ho bakelang puso Lesotho mona matsoalo. Kea leboha ha e le mona Komiti ea Senate, e ntse e botsa Lekala la haeso hore le manolle hore na Report ena ea construction of the Royal Palace e r’eng.
ke sa kene tabeng eno hakaalo, feela hoa hlaka hore litsebo tsa ho tsamaisa Mesebetsi ea Sechaba esale e le leqeme nako e telele, joale re ja litla-morao tsa taba eno.
Ke lumela hore Meralo eo Ntate Tona-Kholo a e laetseng ka Lekala le ba bang, kannete re potlake, re fumane litsebi tse tla re eletsa litabeng tsa ho tsamaisa Meaho. Ke ts’epise Ntlo ena e Khabane hore Litsebi tse joalo li tla qala mosebetsi khoeling ena e tlang. O tla re eletsa feela hore, “hela! Bo-ntate, ho se ho fetile likhoeli tse tharo Qeto ena e sa etsoa. Etsang qeto, ho na le moo li kentseng maoto ketaneng.”
‘Me kannete ke lumela hore sena seo re neng re le ho sona maobane ‘M’e President kea kholoa o se a ntse a lokisa Budget ea mokete hore Ntlo e tle e buloe semolao…hobane sena seo re se fihletseng maobane e tlameha hore ebe se khothatsa le bahlanka hore ba bone hore mesebetsi ha ba ka ba e ts’oara hantle e tla fela.
Hoa etsahala hore kamehla ha litaba tsena li se li etsahetse e be re ntse re supana ka menoana re re, ‘hoja ua se ke ua etsa tjena ho ka be ho ile hoa etsahala tjena’. Kannete e tla re ha bana ba rona ba kena ka mona ka le leng ha ba na tseba hore le oona Moaho ona o kile oa nka nako, oa qala e se e ntse e le ka linyeoe le ho tsekisana litaba tsena. Hoo ba tla ho bona ke bokhabane bona boo re bo etselitsoeng, ka litema tsena tse nang le Bosotho.
Ke shebile ha ke le mane, ke re ebe ke Nts’upe thaba ela, e emeng mola? Kapa eo ke Nts’upenyana? Ke hobane kannete mosebetsi o felile. Rea leboha, ha re o ts’oareng hantle, ‘me ha o re tsoele molemo.
Kea leboha, Ntate.
MR. VICE-PRESIDENT: Re lebohile haholo, Mohlomphehi Letona le Khabane. Ruri u re etselitse mosebetsi o motle haholo oa moaho o motle, ka thepa e ntle le tsohle tse ntle. Kannete re leboha ka tsela e khethehileng, ‘me re ts’oanela ho u khothatsa, Ntate, hore le hona mane Botlotlehing esale taba eno e pitika lilemo-lemo. Ke na le pelaelo ea hore ekanna eaba li lata mashome a mabeli (20) – haeba ha lifete. Ts’epo e se e le ho uena, hobane rea bona hore moo u ts’oereng teng litaba lia etsahala. Ke ts’epo ea hore pele re ea Likhethong eabe e le hore u etselitse Basotho Moaho ono. Ke na le tumelo ea hore ha le entse joalo le ‘muso ona o etelletsoeng pele ke Ntate Matekane, ruri sechaba sa Basotho se tla le hlompha haholo, se tla le tlotla haholo; mohlomong le ho le putsa se tla le putsa haholo, hobane le tla be le ba hlomphile le entse litaba tse kholo haholo.
Re lebohile haholo, Mohlomphehi oa ka.
Ke ne ke re, Litho tse Khabane, ke le hopotse hore…
HON. SENATOR M. MAAMA: Kea leboha, Ntate Vice-President. Re qeta ho utloa puo e matla e bueng ke Letona. Kea kholoa potso ea ka e ne e le hore na re ka e fumana Puo ena eo a qetang ho e bua? Kapa e ile eaba puo feela eo a neng a ipuela eona a se a ntse a le ka moo?
Joale ke re, Ntate, haeba e ne e le joalo, e tl’o re fa bothata hobane joale ke re puo ena ea hae ke e matla. E n’e tlameha hore ebe e fuoe letsatsi la eona feela, joale re tle re tl’o kena ho eona ha re qeta litaba tsena tsa hae. Joale hona joale re tl’o tla re fuoa monyetla oa ho bua, empa re tl’o tla re kena joang a se a sa fuoa letsatsi la hore a tl’o etsa Polelo, ‘me ha a qeta ho etsa Polelo eo joale re kene ho eona?
Che, ntle le haeba re tla tla re fuoa Polelo eno. Ke ne ke nahana e tla ba selelekela pele joale ebe re fuoa Polelo, ebe joale re tl’o tla re kena ha a qeta ho e etsa.
Kea leboha, Mohlomphehi, potso ea ka e ne e le eona eno feela.
MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Morena oa ka oa Sehloho oa Maama.
Ha ke ne ke qala mona ke ile ka re re hlokometse boteng ba Mohlomphehi Letona le Khabane ebile e le moetapele oa Ntlo, joale eaba ke bonts’a hore re elelletsoe hore maobane ha re ne re qala ho kena ka mona ka Ntlong o ne a le sieo; le hore Madam President maobane ha amohela Litho tse Khabane Moahong ona o mocha o ile a bua ka taba ea Moaho ona, ‘me Litho tse Khabane tsa bua, tsa ts’ohla taba ena, tsa e khobotla le ho thoholetsa Mohlomphehi Letona a le sieo. Joale ka re ka ha u ne a le sieo, a le Phuthehong ea Cabinet, ka be ke re mohlomong a ka rata hore ka ha ke eena a entseng mosebetsi oo, a ka rata hore a re letho.
Ke leka hore ka ho cho joalo ke belaela hore ekanna eaba ha a ngola Puo ena. Empa ke kopa hore e se ke be ea anyesa ka mokukutoana ‘m’a eona a tse a le teng, hobane Mohlomphehi Letona le Khabane ke enoa o teng.
Mohlomphehi Letona le Khabane, Litho tse Khabane li re li ka rata ho fumana Puo ena ea hau – na e teng? U ka tseba hore u ba fe eona, Mohlomphehi?
HON. SENATOR M. MOTEANE: Kea leboha, Mohlomphehi. Ha motho a ile a tsometsoa, o tla ts’oana le eona ena e etsahetseng, hobane joale u se u re, ere ke bue ho tsoang pelong ea ka. Empa ho tsoang pelong ea ka lekhetlong lena, ho tsoa ho ‘na, e ke ke ea e-ba bothata hore ebe ke tla khutlela morao, re kopa-kopanye litaba, re tle re fane ka Puo e neng e lokela sebaka sena. Leha hlooho e se e le ts’oeu, kannete memory ona o ntse o le teng. Re tla e hlopha haeba u re lumella, Mohlomphehi ea Khabane. E tla re ha Ntlo e khutlela ts’ebetsong, Statement seo se tla be se le teng.
Kea leboha, Mohlomphehi.
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane.
Morena oa ka oa Ha Maama, kannete ke utloa eka Mohlomphehi Letona le Khabane re mo hlaile tsome, feela a ka tseba hore a tl’o tla a itlhopha hobane leeto la ho aha Moaho ona ha le eaba bonolo, ha a bua ka liphepetso tseo a kopaneng le tsona, ha a bua ka eng. Mohlomong re ke re mo fe monyetla, a tle a tl’o tla a bua ka tsona, ka nako e tlang, a se a bile a bolela le liphepetso, hobane bohlokoa ba Moaho ona, Litho tse Khabane, ke ba hore hona ha se liphallelo. Moaho ona ha se liphallelo, ona ehlile ke oa Mokotla oa ‘Muso oa Lesotho, ke oa lichelete tsa lona, ‘me o tsoanela a tl’o tla a hlalosa hore na ho bile boima hakae! O bile le liphepetso life le manolo afe! O ile a tebela ‘mekonteraka kae-kae, a boela a hira e meng. Ke ho re a tl’o re bolella leeto leno joale le tle le tsebe ho ba le lipotso.
Taba e ‘ngoe, e be le hore na ebe ke hakae ebileng horeho be tjena, le hakae hore ho be ka tsela e itseng. Ke ho re a tlil’o tla a re hlalosetsa, hobane Moaho ona oo Mohlomphehi Letona le Khabane a re etselitseng oona hase Chamber ena e ntle feela, empa le Ofisi ea Motlotlehi e teng mona. Motlotlehi o na le Ofisi mona, ‘me taba eno ke taba e ntle ka mokhoa o khethehileng!
Ha se li-Ofisi tsa Botsamaisi ba mona feela, empa le bohlanka. Hape le na le ka moo le ikoetlisang hore le il’o ikoetlisa. E leng ho re tebello ke hore leha le tla ka mona le tle le le fresh le likello li pholile hantle, hobane le ile la ikoetlisa. O entse litho tse ngata haholo, kahoo ke hore a il’o lokisa Puo e tsamaeang le liphepetso le leeto leo a le tsamaileng ho tla fihla mona moo re leng hona teng. Joale mohlomong le tle le tsebe ho botsa lipotso, ke utloa eka o lumetse hore o tla etsa joalo.
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ke lebohe, Ntate Motlatsi oa President, Tafole le Litho tse Khabane.
Hantle ke ne ke sa rera ho ema hakaalo, feela ke ne ke utloa eka Tsamaiso eo u re fang eona ke hore re ts’oare lipere tsa rona hona tjena holim’a moo a buileng, re tle re emele mohlang a tlang? Na mohlang a tlang o tl’o tla a etsa Puo kapa e se e mpa e le ho re fa seo a se buileng letsatsing lee?
Kea kholoa ke hobane motho u ne u na le litlhanyana tse peli, Ntate Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo, tseo u neng u ka rata hore esa ntsane e chesa tjee, e sa futhumetse mohlomong u ke u akhele mantsoe holim’a litaba tsa hae! Ke ne ke batla ho utloa hore na re ka li ts’oara kapa u ka re fa metsotsoana e meraro feela ho e thetla letsoele?
MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Mohlomphehi. Ke utloile eka o re ka lebaka la hore o ile a hlauoa tsome, ho na le lintlha tse ling tseo e leng ho re o ile a b’a se a tseba tseo a ntseng a li hopola. Ke kopa re ke re mo etsetse toka, re ke re mo fe monyetla, a ke a il’o itokisa, a tl’o tla a etsa Polelo, joale ebile a e ngotse hantle joale re tle re tsebe ho qoqa litaba tsena, hobane taba ena e bohlokoa haholo, ena ea Moaho ona. Re ke re tl’o tla re e qoqa, re utloe leeto leo a le tsamaileng.
Ke kopa u tle u etse joalo, Mohlomphehi Letona le Khabane, u il’o lokisa joale re tle re u fe nako u tl’o tla u re tekela litaba tsa leeto la khao ea Ntlo ena. Ke hobane ruri ba tlileng pele ho uena, ba bile le litoro le litakatso, empa ha li kaba tsa phethahala, ‘me empa uena ke mona u phethahalitse. Ke ho re u ke u tl’o tla u bua Leeto leno, ho re na ho etsahetse eng, ha hoa etsahalang eng, joale Litho tse Khabane li tle li tsebe ho botsa lipotso.
Litho tse Khabane, ke ne ke kopa hore ke le hopotse hore ka mane ka Administration Board Room, kajeno ha hora ea Bobeli e fetile ka metsotso e mashome a mararo (2:30 p.m.), Komiti eane ea Bolisa, e leng Committee on Government Assurances, e tla kopana le Lekala la Public Works and Transport, ho ea ts’ohla Tlaleho e amanang le Khao ea Ntlo eane ea Borena bo Boholo (Royal Palace). Joalo ka Litho tsa Ntlo ea Senate, kea tseba hore ke Komiti e eang ka mono, empa le lona kannete ‘na ke utloa eka le ka ba le thahasello, le ke le il’o mamela ka mono.
Litaba tsena li re fihlisa pheletsong ea mosebetsi oa letsatsi la kajeno, ‘me Ntlo e tla phomola ho fihlella hosane ha hora ea Leshome e fetile ka metsotso e mashome a mararo hoseng (10:30 a.m.).
ADJOURNMENT
There being no further Business on the Order Paper, Mr Vice-President Adjourned the House without question put, pursuant to Standing Order No.16.
House accordingly Adjourned at 12:06 p.m.
