HANSARD 5 MARCH 2026

KINGDOM OF LESOTHO

PARLIAMENTARY DEBATES

SENATE CHAMBER

DAILY HANSARD

OFFICIAL REPORT OF THE SENATE

FIRST SESSION – ELEVENTH MEETING

ELEVENTH PARLIAMENT

Tuesday 5th March 2026

LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG

1. Hon. Seeiso B. SeeisoPrincipal Chief of Matsieng
2. Hon. Joel A. MotšoenePrincipal Chief of Leribe
3. Hon. Sempe Gabasheane MasuphaPrincipal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan
4.Hon. Mamolapo M. Q Majara Principal Chief of Ha Majara
5.Hon. Tumane MatelaPrincipal Chief of Makhoakhoeng
6.Hon. Moeketsi Moletsane IIPrincipal Chief of Taung
7.Hon. Lerotholi Mathealira SeeisoPrincipal Chief of Mokhotlong
8. Hon. Lerotholi L. Seeiso   Principal Chief of Likhoele
9. Hon. Theko D. BerengPrincipal Chief of Phamong
10.Hon. Mojela T. MakhaolaPrincipal Chief of Qacha’s Nek
11.Hon. Seeiso S. H. NkuebePrincipal Chief of Quthing
12.Hon. Nthupi A. Bereng                     Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote
13.Hon. K.L.K KhoabaneThekoPrincipal Chief of Thaba-Bosiu
14.Hon. Mitchel S. MaamaPrincipal Chief of Ha Maama
15.Hon Moholobela M. Moholobela Principal Chief of Matelile
16.Hon. Bereng G. Seeiso Api  Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake
17. Peete Lesaoana PeetePrincipal Chief of Koeneng le Mapoteng
18.Hon. ’Mako T.MohalePrincipal Chief of Tajane, Ha Ramoetsana le Ha Mohale
19. Hon. Khoabane T. MojelaPrincipal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso
20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli Principal Chief of Botha-Bothe
21.Hon. Pontšo S. MathealiraPrincipal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere
22.Hon. Qeto Sekonyela Principal Chief of Malingoaneng
23.Hon.’Mawinnie KanetsiSenator
24. Hon. Lebona KhoaeleSenator
25. Hon. Thabiso LebeseSenator
26. Hon. ‘Maphakiso LebonaSenator
27. Hon. ’Mabataung Patricia                                MokhathaliSenator
28. Hon. Sehloho Henry MonatsiSenator
29. Hon. ‘Makholu MoshoeshoeSenator
30. Hon. Neo Matjato MoteaneSenator
31. Hon. Seabata MotsamaiSenator
32. Hon.Richard RamoeletsiSenator
33. Hon. Limpho TauSenator

PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO

SENATE CHAMBER

Tuesday 05th March, 2026

The House assembled at 10:30 a.m.

(MADAM PRESIDENT in the Chair)

PRAYER

The Chaplain led the House in Prayer

ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR

MADAM PRESIDENT: Order! Litho tse Khabane! Kea le lumelisa kajeno ‘me ke kopa re qale mosebetsi oa rona oa kajeno.

  • Litho tse Khabane, kajeno Molula-Setulo oa Komiti ea Ketsa-Molao (Legislation Committee) o tla tekela Ntlo ena e Khabane Litlaleho tsa Melaoana e ileng ea Tekoa ka koano ka Ntlong ke Makala a amehang ‘me tsa fetisetsoa Komiting hore e e hlahlobe ‘me kajeno Ntlo e tla hlahloba Litlaleho tse joalo ebe e li ananele.
  • Athe kamor’a lijo tsa mots’eare hona kajeno, Komiti ea Bolisa (Committee on Government Assurances) e tla tsoela-pele ka kopano ea eona le Lekala la Mesebetsi ea Sechaba le Lipalangoang (Public Works and Transport) ka lipuisano tsona tseno tse holim’a tlaleho ka khaho ea Ntlo ea Botlotlehi.
  • Re boetse re hopotsa Litho tsa Women’s Caucas ka memo eo ba e etselitsoeng ke Lesotho Mounted Police Service Women’s Forum, e kopane le The People’s Matrix Association, ka ho ea sehopotsong sa letsatsi la Machaba la Basali (International Women’s Day) se tla ts’oareloa Maseru Avani. Phutheho eo e tla qala ka hora ea borong hoseng.
  • Ea ho qetela, Litho tse Khabane, ke memo eo re e fumaneng matsatsing a ho feta moo Litho tse Khabane li memeloang ke Mohlomphehi Tona-Kholo, ho ea keteka le eena letsatsi la hae la tsoalo, ka Sontaha sa la 15 Tlhakubele, 2026, ha habo Mants’onyane, seterekeng sa Thaba-Tseka.

Hona moketeng oo Mohlomphehi Tona-Kholo o tla nehelana ka Kereke e Catholic ea St. Lawrence ho Bakriste ba moo. Kea kholoa ke mpho ea hae eo a ketekang letsatsi la hae la tsoalo ka eona.

Mokete ona o tla qala ka Sehlabelo se Halalelang sa ‘Misa se tla qala ka hora ea borobeli; hora ea leshome ho nt’o latela ts’ebeletso ea teboho ho isa13:00 hrs, ‘me ho qetelloe ka lijo tsa mots’eare le boithabiso ho tloha ka 13:00 – 14:00.

Sebakeng sa moaparo e tla ba lesela le romelletsoeng ka Whatsapp Group ea lona Bahlomphehi. Lesela leno kea kholoa ke la Seshoeshoe. Ba ka khonang ho ea ke ne ke kopa hore re ke re etseng honor memo eo.

Litsebiso tsa letsatsi lena li fella mona.

Taba ea bobeli, Litho tse Khabane, ke ne ke kopa hore ke thatiselletse holim’a moo Ntate Vice-President a ileng a hlalosa teng. Ho na le tletlebo e hlahileng ka Morena oa Lioli ka taba ea mokhoa oa ho lula.

Morena oa Lioli, ke ne ke kopa hore ha ke ntse ke bua tjena, Mohlomphehi oa ka, hore u khutlele Setulong sa hau ho fihlela litaba tsena le li qetile. Ha ho bobebe ho etsa mosebetsi administratively haeba re ka o etsang re le bangata. Re ntse re utloisisa hore re entse litaba re le ba nang le tokelo ea ho li etsa, re aba litulo ka mokhoa oo re boneng o ka lokela, ‘me litaba tseo ha rea li etsa feela re ile ra li etsa in consultation with Chair ea Boiketlo ba lona le le Litho tse Khabane. Re mo entse involve hore a tsebe ho bona hore ha rea khetha ka mokhoa o sa amoheleheng.

Taba ena ea hore likomiti li etsoa represent ke li-Chairman tsa tsona ke taba e bohlokoa, ‘me ha se mona feela tabeng ea ha ho etsoa allocation ea litulo tsena. Balula-Setulo ba etsa represent likomiti tsa bona hohle moo e bang komiti ea mofuta oo e menngoe kapa e lokela ho etsa mosebetsi, ‘me taba ena ha e ncha.

Ke kopa, hle, Litho tse Khabane, re amoheleng litaba tseno ka mokhooa oo li leng kateng.

Next item, Mr. Clerk.

MR CLERK: Item 2. Adoption of Reports.

HON. SENATOR S. MOTSAMAI: ‘M’e President, ke ema mona ho polanya Tlaleho ea Komiti ea haeso ea Molao holim’a Toll Gate Amendment (Regulations), 2025.

MADAM PRESIDENT: Order!

Ke ne ke mpa ke batla, che, ke utloisise lentsoe lena le sebelisoang la ho ‘polanya’ hore na ebe re ka fumana thuso ea hore na ke le nepahetseng? Re tseba le sebelisoa hangata maemong a mang a fapaneng.

Litho tse Khabane, na le ka re thusa hore na lentsoe la ho polanya lea nepahala?

(Pause)

MADAM PRESIDENT: Ha re ntse re etsa boithuto boo bo joalo u ka sebelisa lentsoe le leng, Mohlomphehi?

Legislation Report on the Toll Gate Amendment (Regulations), 2025.

HON. SENATOR S. MOTSAMAI: (Laughter) Ache, kea hlokomela, ‘M’e President, ‘me ke re u ts’oare joalo, ‘M’e, feela hee ke lona, ‘M’e.

Ke ema mona ka ‘nete ho beha Tlaleho ea Komiti ea haeso ea Molao holim’a taba ea Toll Gate Amendment (Regulations), 2025.

Ka uena, ‘M’e President, Tafole le Litho tse Khabane, ke  hore Komiti e laoloa mona ke taba ea Standing Order No.90 ka Litemana tsa eona tse hlahlamang hore ha mosebetsi o ile oa tlisoa ka Ntlong, e ba mohlomong o ile oa etsoa table o fetisetsoa ho Litho tsa Komiti ea Molao hore ba tle ba tsebe ho ea hlafuna, ‘me ere ha ba hlafunne ba khutle ba tl’o fepela ka Ntlong ele hore Ntlo e tle e tsebe ho etsa qeto holim’a Tlaleho eo ba tla beng ba fane ka eona.

Ke bonts’e hore mosebetsi ona ho ea ka leqephe la rona la bobeli, Bahlomphehi, ha re ka ra tataisanang, ke moo re tl’o tla re buang ka taba ea hore na re ahiloe ka bo-mang, ‘me Litho ke tseo ho entsoe lethathamo la tsona, ke Litho tse leshome le metso e mene kaofela, tseo e leng tsona tsa Komiti.

Re ile ra boela hape ha re ea leqepheng la boraro, ra tlatselletsoa ke bohlanka boo re bo filoeng boo e neng e le bona Bongoli ba rona.

Joalokaha e bonts’itse, Madam President, hore ha litaba le re file tsona rea be re ntse re its’etlehile hape ka Standing Order No.51, se buang ka li-Subordinate Law, ‘me re e sheba ‘moho le taba ea Section 27(b) ea Interpretation Amendment Act, 1993 – joale re ile ra mema Lekala la Lichelete, e leng bona ba ikarabellang tabeng ena ea lipatala tseo re reng ke tsa Borokhong, bao ba ileng ba tla ho tla re hlalosetsa le hore na hoban’eng ba bitsa Sehlomathiso sena ho Melaoana eo ba ileng ba ‘na ba sebetsana le eona.

A mang a mabaka a bona a maholo-holo e ne e le a hore ho etsoa tokiso ea hore lipatala tsena ha u kena lelibohong li nyolloe. Lebaka la bona ke hore khafa eo kapa nyollo eo ea litokiso e ba thusa ho etsa mesebetsi e ‘maloa ka hare ho naha. Eo ba e qollotseng ea ho eketsa moliko oa ‘Muso ha ho etsoa lits’ebetso ke litaba tsa litsela le litaba tse ling, haholo-holo tabeng ea Road Fund.

Hape ba re ba batla ba arabe litlhoko tse bonahalang li lula li ntse li phahama li e-ba teng, ‘me ha ba etsa joalo ba tla thusa ho anetsa litsela, ba tla thusa hape le ka maintenance oa tsona.

Taba eo re le Komiti re ileng ra e hlokomela, ‘M’e President, ke hore litaba tsena tsa levy li mpa li re thusa hape hore ho matlafatsoe lekeno la ‘Muso, ‘me ka hona Komiti ea haeso e ile ea etsa khothaletso ea hore Toll Gate Amendment (Regulations), 2025, be allowed to come into operation.

 Subject to Standing Order No. 52(3) the Committee wishes to submit the Report for the adoption by the House.

I submit.

MADAM PRESIDENT: Ke kopa u hl’u li etse table kaofela, Mohlomphehi.

Legislation Committee Report on Lesotho Mounted Police Service Administration Amendment (Regulations) 2025.

HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ke lebohe hape-hape, ‘M’e President, Tafole le Litho tse Khabane. Ke ema mona hape (hana joale u itse ke se ke ka re, ‘ho polanya’!) ho teka Tlaleho ea Komiti ea haeso ea Molao holim’a Lesotho Mounted Police Service Administration Amendment (Regulations) 2025.

Ka mokhoa o ntseng o ts’oana ke bonts’e hape, ka Uena Madam President, hore re ntse re laoloa ke Litemana tsa Standing Order No.90 ka tlhatlhamano ea Litemana tse latelang:

Hore ha ho ile hoa tekoa ka Ntlong e ee ebe litaba tseo li tla fetisetsoa komiting ho ea  shejoa, ‘me  li shejoa ka leihlo leo le tla etsa hore ha li khutla re tle re li utloisiseng, Bahlomphehi.

Ke Litho tseo, tseo re li tsebang tseo ke buileng ka tsona tse leshome le metso e mene le Bongoli ba rona bo teng kahare ho ts’ebetso ena.

Ke bonts’e hore leqepheng la boraro, Bahlomphehi, ha re tataea ‘moho Lesotho Mounted Police Service (LMPS) e ile ea tla ea hlalosa mabaka a eona a ho etsa Sehlomathiso sena.

 ‘Moko-taba mona ke hore ho fetoloa lilemo tsa ho ea pencheleng (retirement).

Nakong e fetileng e ne e le hore ha u le lilemo tse mashome a mahlano a metso e mehlano u lokela ho ea phomolong, haholo ha ho shejoa taba ea li-senior officer, ‘me 50 years for junior officers, e le eona taba, empa ba hlakisa hore taba-kholo mona ke hore ho bonahala ba lahleheloa ke botsebi ba batho bao ba nahanang hore joale ba tla tseba ho ts’oara institution ka knowledge kapa litsebo tse khethehileng tsa bona batho bana bao e reng ha ba fihla ho 55 joale e be ba tlameha ho tsamaea.

Khothaletso ea bona eo ba ileng ba e beha ke hore ba entse hore ba ke ba ipapise le hore na kahare ho tikoloho ena ea SADC, lilemo tsa liofisiri tsa ho ea retirement na li hokae, ekasitana le batho ba ka tlaase boemong ba ea hae ba le bakae.

Ba bonts’a ha ele hore kahar’a region mona ke lilemo tse 58 – 60. Ke tsona tseo ba reng ke lilemo tsa retirement.

E ‘ngoe hape ke hore bona batho ba seng ba ntse ba le on retirement ho be le mokhoa oo ba ka tsebang hore ba fuoe likonteraka ha ba khutla. Ke eona khubu ea thuto ea Amendment to the Regulations ena, hore litabeng tsena ho k’o khutleloe morao.

Taba ea bona ke hore retirement age e be lilemo tse mashome a ts’eletseng (60) ho ntse ho etsoa on the basis ea ho etsa retain expertise e tla ba thusa hore ba balehe li-cost tsa ho lula ba trainer hakaalo-kaalo.

Taba eo ba e buang hape ke hore batho ba kenang kahare ho service kapa ba kopang ho ba Mapolesa ho etsoe introduce the General Certificate of Education of at least 3 credits eo har’a tsona English should be  a must.

Mona ba mpa ba leka hore batho ba tlang mosebetsing ona oa Bopolesa ha e sa le pele feela, empa ka mona ka sekolong ba be le li-credit tse tharo, Sekhooa se kenelletse mono, hobane joale ho bonahala bophelo le ts’ebetso eo ba tl’o e sebetsa e hloka litsebo joale e ntse e ba more complex.

Ke eona ntho e kholo-kholo eo ba e kopang ka Regulation ena, kapa eo ba seng ba e entse hore e be ke eona ts’ebeletso eo Letona le seng le e fetisitse.

Komiti ena ea haeso e bua ka taba ea hore Lesotho Mounted Police Service Administration Amendment (Regulations), 2025, be allowed to come into operation.

 Subject to Standing Order no.52 (3) the Legislation Committee wishes to submit the Report for adoption by the House.

I so move.

MADAM PRESIDENT: Ke leboha Litho tse Khabane.

 E ne e le moo ke reng u k’u re, khefo khekhenene! Ke ne ke bona hore ehlile li mothamo. Ke ne ke nahanne hore li khuts’oanyane, ke re ekaba u ka li nka kaofela, empa ruri li mothamo li hloka hore haeba Litho tse Khabane li mametse hantle tse neng li le sieo Komiting li ka etsa in-puts le tse neng li le teng li ka hlalosa ho feta hore na e be le fihletse le li-recommendation tsa lona hakae. Kea leboha, Litho tse Khabane. Le ka utloisisa pherekano eo ke e ferekaneng, ka mona ha se ka moo motho a ka tsamaeang ka mokhoa oo a ntseng a tloaetse ka teng.

Ke kopa Setho se tlatsang Molula-Setulo.

HON. SENATOR DR. T LEBESE: Ke u hlomphe Madam President le Tafole ea hau, ke hlomphe le Litho tse Khabane.

Ke ema mona Madam President ho tlatsa Molula-Setulo oa Legislation Committe litlalehong tse peli tseo a li behileng ka pele ho Ntlo tsa Regulations. 

Tlaleho ea pele ke eane ea Toll Gate Levy e leng chelete eane e bokeletsoang ka mane ka malibohong likoloing tse kenang ka hare ho naha.

Re mpe re supe feela Madam President hore litaba tsena ha li ea be li tla ka mona, ke hobane li ea be se li kene ts’ebetsong ‘me ke ntse ke sheba mona hore kea kholoa li kene ts’ebetsong khoeling ea ‘Mesa selemong se fetileng. Tebello ke hore ebe ho se ntse ho na le review e ‘ngoe hape e tl’o tla e kena ts’ebetsong khoeling e tlang, e leng ea ‘Mesa. Joale haeba re ntse re lefa M70.00 koloing e nyenyane, ho bolela hore review e ‘ngoe kea kholoa ea M80.00 joalo-joalo e tla ba teng.

E bohlokoa taba ena Madam President hore ha re ntse re e lekola re ile ra fumana hore ka’nete ho bonahala collection e le nyenyane haholo papisong le tlhokahalo e teng. Joalee Report ena e hlakile hore ha u sheba the infrastructure need e teng ka hare ho toropo ena ea rona ea Motse-Moholo, mohlomong e akanyetsoa kapa e kopanyelletsa le litoropo tse ling, e etsa M15 Billion. Ha u sheba lekeno ka mono ho bonahala re ntse re le tlasana haholo, che taba ena ha e bolele hore ba tiise letsoho haholo litabeng tsa hore ba eketse ka sekhahla. Joale empa ke bohlokoa hore lekeno leno le ‘ne le eketsehe e le to meet the needs of the infrastructure joale ka ha u supile.

Ke tlatsa Report ena joale ka ha Molula-Setulo a e behile.

Ntlha ea bobeli eo a e behileng Madam President le lona Litho tse Khabane, ke taba ea keketso ea retirement age and entry requirements tsa ka Sepoleseng. Le eona taba ena e bohlokoa le eona hore Bahlomphehi re tle re utlosise hore ho tsamaea ka lilemo tse 55 motho ea sebelelitseng sechaba ka mafapha a ikhethang a Sepolesa, oa lilemo tsa ka tse 55 joale a tsamaea a ea hae, taba eno e baka sekheo.

Taba ke hore e tlisa tahlehelo ea botsebi litabeng tsena ‘me ho bohlokoa haholo ho supa hore mafapha a ikhethang ao ba ileng ba a hatella haholo ke taba tsa cybercrime. Ba boetse ba hatella litaba tsa forensics and pathology. Ba boela ba hatella taba tsa bona tsa intelligence hore ba na le litsebi tse ikhethang litabeng tseno.

Joale ho bohlokoa hore batho bana ba tle ba etsoe retain lilemonyana mohlomong tse hlano kaholimo ho moo ba lokelang ho tsamaea, e le hore ba tle ba tsamaee ka 58 years le 60 years.

Taba ena e bohlokoa Madam President hore ha se feela mafapheng ana a ikhethang, empa le litsing tse ling, mohlala tsa thuto e phahameng. Ke bohlokoa ho etsa retain intellectual and institutional memory.   Ke taba ea bohlokoa haholo.

Mafapheng a mang u tla fumana hore ba bile ba tsamaea ka 65 years empa motho a rupela likolong tseno tsa thuto e phahameng. Professor e tsamaea ka 70 years e le ho qenehela hore a siee litsebo tseno tsa hae tse khethehileng ho ba setseng kapa ba tlang kamorao.

Ke tlatsa le Report ena hobane it shows the true reflection of what was reflected during our consultation meetings le bona Madam President.

Kea tlatsa.

MADAM PRESIDENT: Honourable Senator, is that a Point of Order?

Oh! E re ke teke taba pele.  Question that the Reports on Toll Gate Levy Amendment Regulations, 2025, Tourism Levy Amendment Regulations, 2025 le Lesotho Mounted Police Service Administration Amendment Regulations, 2025 put and agreed to.

HON. SENATOR S.K MASUPHA: Kea leboha, Mohlomphehi Madam President. Ke u lumelise, ke Lumelise Litho le Tafole ea hau.

Litemana tsena tsa melaoana tse qetang ho tekoa ke Molula-Setulo oa taba tsa Molao, ka’nete li bohlokoa haholo.

Ke rata hore ke mpe ke qale ka ena ea Sepolesa; Mapolesa ke batho ba etsang mosebetsi o matla, feela ha u sa ts’oaroa hantle, ha e le hantle ke hle ke re o ts’oana le oa Sesole. Ho ne ho tlameha le oona o lokisetsoe hong. Batho bana ke batho ba nang le botsebi boo ba rupetsoeng ka mokhoa o phethahetseng hore ba etse mosebetsi ona oa bona ka makhethe.

Joalee ha ba phomotsoa ba sa le banyenyane, ba sa ntsane ba le sehlahlo, taba ena e tl’o re bakela litlolo tsa molao ka hare ho naha ea Lesotho.

Oa tseba ha motho a etsa idle, feela a na le litsebo, o qetella a phopholetsa le ntho tse sa phopholetseheng. E leng hore ka tsela ena ke leka ho bonts’a hore motho o lokela hore bonyane a fihlele lilemo tsa ho tiea tse ka reng tsa motho enoa ea emeng. Ha ke eme tjena, ke se ke se motho oa masaoana. Ke ’nete ke se ke bua litaba tse phelang, tse bileng li phelisang.

Joale ha motho ea joalo e le Lepolesa a phomotsoa a le 60 years, ke utloa eka Lefapha leo la Sepolesa le nepile Mohlomphehi hore le etse taba e joalo.

Ha ke bonts’e hore ho ea ka lipatlisiso, ho fumanehile hore batho bana ba nang le botlokotsebe bo bongata kahar’a naha ena ea Lesotho, karolo e ‘ngoe ea bona e hlahlelloa tabeng tseno ke batho ba seng ba le ka ntle ho ts’ebetso ea Sepolesa le ea Sesole. U tla fumana hore moo ho entsoeng botloli ba molao, u tla bona hore ha se motho feela ea neng a sebelisa sethunya empa ke motho ea nang le tsebo.

E leng hore kea nepa ha ke cho joalo. Ke re batho bana ha ba phomola ka nako e nepahetseng ba se ba le lilemong tseo ba tlamehang hore ba nahanele bophelo ba bona, hobane bophelo bona ba 55 years ‘na ke bo nka esale ba boshanyana. Ke hore ke ha motho a qala ho kena bohlankaneng, bosaling kapa boroetsaneng, eleng nakong eo a qalang hore a tiee e-be motho.

Taba ena ke e thabetse haholo leha ke ile ka utloa eka ba bang ba ne ba rata ho e beha hampe. Ba ne ba rata ho e beha hampe ebe ba re ho na le Bahlomphehi ba bang ka Sepoleseng ba ileng ba ea phomolong ka lilemo tse nyenyane joale ba nyolleloa hore ba tsebe ho khutlela mosebetsing. Yes, haeba ho joalo ha ke utloe e le phoso. Ho nepahetse hobane batho bano ba tlil’o sebeletsa sechaba.

Ke hobaneng u ka ba mona hore motho ea phomolitsoeng ha lokisetsoa hore a khutlele mosebetsing oa sechaba ebe u re ho etsoa ntho ea seueso-ueso? Ae ‘na kea e hana taba eno, Mohlomphehi. Ka hona ena eona ke re e nepahetse ‘me Ntlo ena e e fetise.

Ha ke tla tabeng ena ea Lekhetho lena la Malibohong, lona ka’nete ke utloa eka e liehetsoe leha ke utloa Dr. Lebese a re re se ntse re tl’o kopana le nyollo e ‘ngoe hape e nepahetseng. Hafeela e nyoloha molemong oa hore re fumane molemo oa cents tseno tseo re li sieang mono borokhong, ho nepahetse Ntate. h Ke cho tjena hobane ha u ka oa sheba, ‘na ke bua ka sebaka sa ka.

Ha u ka oa sheba kahare ho teropo ea Teyateyaneng, oa sheba hore na e tl’o ntlafatsoa hakae? Ke lumela hantle hore ho ntlafatsoa hono hoa eona ke ka lebaka la meropotso eno eo re ntseng re e nts’a ha re ntse re ts’ela mona malibohong, ebile e se eona feela.

Ho na le libaka… hee! Letona lena la rona rea le khathatsa. Re le hula ka nqena le ka nqane. Letona lena la Litsela le Mesebetsi e Meholo Mohlomphehi Matjato Moteane ke hopola haufinyane tjena Mohlomphehi ha re se re mo bitsa e le hobane batho ba transport ho na le sebaka mane Ha ’Mamathe se bitsoang Masoeling Transport.

Ho na le tsela e senyehileng hoo. Ke hore le uena u ke ke oa rata hore koloi ea hau e ka ea tsamaea mono. Joale u nahane rona motho a tsamaea tsatsi le leng le le leng ka koloi ea hae eo a e fumanetseng bothateng, na taba eno e bolelang.

Taba ena ke mpa ke etsa mohlala ka eona feela hore ke bonts’e hore chelete eo e ntseng e bokelloa, ha e kopana le Budget ea Lekala, ka’nete e etsa ntho e ‘ngoe. Ebile nka kfapohela hanyenyane ka qopetsa haeba ke lumelloa Mohlomphehi.

Ho thoe cheleteng tsona tsena tse malebana le taba ea litsela, lebatooa le leng le le leng le tla fuoa chelete hore le lokise litsela tsa lona.

Mohlomphehi ha ke tsebe hore na ha ho thoe lebatooa ho boleloa eng. Ha ho thoe Lebatooa ho boleloa Mokhethoa ‘me rea tseba hore na mesebetsi ea Mokhethoa ke efe. Ho na le ntho tse ling tse khelosoang ka boomo. Li ea khelosoa li isoa mesebetsing e meng, empa mesebetsi ea rona re le batho ba etsang melao, ba lisang lichelete, joale ha ho s’o hothoe ba il’o etsa litsela, ke hore ke utloa ke ipotsa hore na ebe taba ena e bolela’ng.

Che ke ne mpa ke re ke fapohele feela, Mohlomphehi. Le eona ena ke mpa ke re le e bohlokoa haholo hore ebe re fumana molemo oo re tla o fumana tabeng ea lichelete tse tla bakoa ke pokello e tla etsoa malibohong.

Kea leboha, Mohlomphehi.

Kea tlatsa.

HON. SENATOR M.M. MOSHOESHOE: Madam President, kea u hlompha ‘M’e ke hlomphe Litho tse Khabane le Tafole.

Ke e mong oa Litho ka Komiting ena ea Mohlomphehi Motsamai ea Legislation. Ke bile karolo ts’ebetsong ena ‘M’e. Re ile ra sebetsa ka’nete ruri, discussion tsa rona ea ba tse manoni haholo.

Ke Phuthehong e joalo ha re ne re kopane le Mapolesa ha ke tlatsa Mohlomphehi Molula-Setulo hore Mapolesa ka’nete a bonts’itse hore retirement age ena ba e kopela hore e ee ho 60 years ka mabaka ao Molula-Setulo a seng a a hlalositse hore ka’nete SADC Community le eona e sebetsa joalo. Le rona joale ka ha naha ea Lesotho e le setho ho SADC, e se eka re ka ipapisa le bona.

Le taba ena ea Mapolesa ao ereng ha a hiroa ebe ho hlokahala at least Credit tse 3, re ile ra e ts’ohla haholo ‘me ho hlokomelehile hore ka’nete nakong eo ho hiroang Mapolesa, taba eane ea hore joale ba hiroe ba sa pasa hantle, ba pasitse ka GCE tse fokolang, e re bakela bolutu ha ba se ba kene ts’ebetsong.

Mapolesa a nka listatement ha ho na le crime ‘me b’a ngola; e ka ba ka puo ea rona Sesotho kapa ba ngole ka Senyesemane. Joalee batho ba ngolang report e tla re ha ho le tjena ebe joale ho ntse ho ngoloa li-statement, motho u etsa li-report tseo u il’o li fa ba baholo ho uena empa li sa ngoleha hantle. Taba ena e-ba challenge e kholo.

Re ile ra ba ra hlokomelisoa hore Mapolesa hona  ha a se a ts’oere case, motheo oa seo ba se ngotseng ho li-statement tseno li tla ema ka Lekhotleng ‘me motho ea joalo e tlameha e-be motho ea tsebileng, hantle ea pasitseng ka nepo.

Ka mabaka a mang a mangata le ‘ona ana, re ile ra qetella re lumellane le bona hore ruri e ka ba ka nepo hore retirement age eno ea bona e isoe ho 60 years.

Ha ke kena ho ena ea Toll Gate, ke ntse ke ananela hore Report ena e ke e fete ka’nete hoba Regulation ena e ne e se ntse e qalile ho sebetsa ka April selemong seno sa 2025. E fihlile ho rona matsohong, e se ntse e le ts’ebetsong ‘me litjeo tseno tse boletsoeng mono hore na koloi e nyenyane e tla patala bokae, e hlahlang ka boholo e patale bokae, re li ananetse haholo hore li kene. Rona e ne eka re re li kene ts’ebetsong athe li se ntse li sebetsa li etsa lekeno kahar’a Mokotla oa ‘Muso e le hore ‘Muso o tle o tsebe ho sebetsa ho lokisa infrastructure; ho lokisa litsela.

Madam President, ke batla ho lemosa hore ke Tulong eona eno eo e ileng ea re ha re ntse re etsa discuss eaba rea itela. ‘Na ke e mong oa ba ileng ba itela hore ha se hore ha ke batle ho patala Toll gate, ehlile kea e patala hoba ke tokelo ea ka ea mantlha ke le mosali oa Mosotho hore ha ke ts’ela mono ke patalle koloi eo ke tsamaeang ka eona.

Joale empa ke ile ka botsa Lekala le joalo hore na Bahlomphehi ba kang uena Madam President le Matona, na lona ha le e patale Toll Gate le nka likarete le fihla le re toeng! toeng! Ebe li ea feta ‘me karete tsena tsa lona li ts’etsoe chelete ke ‘Muso.

Joale ebe rona re ke ke ra etsetsoa bobebe ba hore le rona ha re ts’ela moo ka likoloi tsa number plate tsa protocol eseng tsena tsa rona tsa private le rona re etsetsoe karete le rona re re toeng! toeng! re fete? 

Lekala leno le ile la nkenya sekolo Madam, hore ae Mohlomphehi karete eno ha u e bona e le joalo e ts’etsoe chelete ‘me mohloli oa chelete eno ba ile ba nkenya sekolo ‘me ke ile ka utloisisa.

Ha ke qeta ho utloisisa eaba kea ikeletsa hore ke na le Komiti ka mona ea Boiketlo ba Senate. Eona ena e ntseng e botsoa hore na e entse Sitting arrangement ena hobaneng. Molula-Setulo oa eona e leng ’M’e Mamolapo ka re ke hore Komiti ena e ke e lule fats’e ha re etsa Budget e ke e re etsetse Budget Mohlomphehi.

’M’e Molula-Setulo  oa Komiti ea Amenities eleng ea boiketlo ba rona ka mona, mohlang ho qaloang budget season, taba ke eo ‘M’e re batla le rona re kenyelletsoe ha ho etsoa budget.

Chairpersons of the Committee and Members of the Committees, re fane ka budget, re fane ka litlhoko tsa rona. Tse ling tsa litlhoko tsa rona ke hore le rona re tle re patalloe Toll Gate eno, re etsetsoe budget Lekaleng.

Re etsetsoe budget Senateng mona Ntate Molise. Clerk re etsetsoe budget e kenngoe, rea itela. Ntho ena eo ke buang e ka ‘na eaba ha u ‘mametse kapa ha u ncheba u bona eka is the fairest ha ke ne ke re Madam (Laughing)…

MADAM PRESIDENT: Ke ne ke re Setho se Khabane se ntseng se khobotla hantle se hle se fane ka eona thuto eno eo se ileng sa e fuoa hore na tseno li fapana joang, tseno li bakoa keng. U hl’o fe Ntlo e tle e tsebe hore le eona e utloisise hore na u ile oa rutoa eng ’me oa utloisisa oa ba oa bona botle ba taba ena.

HON. SENATOR M.M. MOSHOESHOE: Madam President, ke kopa ke qetele Polelo ea ka ke tla tla mono, ebile joale eno e ne e batla hore e be ke nkile li-notes. Ha ke batle ke tle ke tlo etsa quote Lekala out of context, ke ne ke batla ke hle ke li etse, feela the bottom line ke hore ho itsoe re e etsetse Budget Lekaleng.

Moo ke neng ke le teng ke mona Madam, ke ne ke re taba e ke e buang ena u ka ‘na oa utloa eka ke chaba se hole. Ha ho joalo, oa hopola khale re ne re ntse re batla hore re ts’elloe petrol, re fuoe petrol allowances. Ha e qala e ne eka ke story sena se kang sena seo ke ntseng ke se bua re nka libuka tse tenya re etsa claim mileage ho thoe Lekhoakhoa le tloha hole, e-ba joale Morena oa ka oa Mokhotlong le eena o etsa claim, Morena e mong le emong o etsa claim ho latela li-mileage tseo a li entseng spend ho tloha moo a lulang ho tla mona, empa neng-neng ra bua taba ea hore e-e petrol allowance ebe general e leng chelete e M5,000.00.

Ha e ne e buuoa qalong e ne eka ke sechaba se hole eka ha se ntho e ka etsahalang, empa e qetelletse e etsahetse. Le eona ee re ea e qala Mohlomphehi Molula-Setulo oa komiti e joalo re kopa …

HON. SENATOR M. KANETSI: Kea leboha, ke u hlomphe Madam President, Tafole ea hau le Litho tse Khabane le bohle in the Gallery. Mohlomphehi, ke ne ke re u k’u mphe hanyane ke ne ke utloa eka sepheo se seholo-holo sa ho etsa collect li-levy tsena ke hobane Mohlomphehi Molula-Setulo oa Komiti a hlalositse hore the rational ke ho etsa collect hore ho tsebe ho lokisoa litsela, ho bonahala collection e le tlase haholo papisong le lekeno. 

A ba a tlatsoa mane ke Setho se Khabane Dr. Lebese, joale ke ne ke re Mohlomphehi Moshoeshoe u bona eka tall gate ee ehlile e sisinya mokotla haholo ha u ntse u nts’a ha khoeli e fela? Re its’etlehile ka taba ee ea hore lekeno le tlase haholo hore re ’ne re akhele, u bile u ka bo s’o nka le hore ho se ntse ho e-na le M5,000.00 eona eo e khahlametsang litaba tsona tse kang tsee tsa ho ts’ela le ho tsamaea. U ne u ka reng ka taba ee Mohlomphehi?

HON. SENATOR M.M. MOSHOESHOE: Kea leboha Madam President.  Setho se Khabane se qetang hore ke se lumelle hore se mpotse, ka lehlohonolo ‘na le eena re le Litho Komiting ena ho totobetse Madam President hore sepheo sa Tall Gate Levy ee ke hore se kenye lekeno le hlamatsehang, le letle ka mokotleng oa ‘Muso, that one I fully understand ’M’e, joale in budgeting ha u entse budget chelete ea petrol ea khoeli, ke ea petrol feela, ebile eona M5,000.00 eno e ntse e sa lekane ho lateta hore na re tsamaea ha kae.

Nke ke u hopotse hore rona hona joale Komiting ena na re tlile Maseru mona hakae, sitting tsa ho etsa li-regulations le melao e meng. So, ha u etsa budget u ke ke oa nka chelete ea petrol eaba u ntse u fihla u ngoatha ka mane u re u ilo reka lunch ka eona, e ea strictly for petrol, ebile it is not enough feela ke ne ke re Mohlomphehi ea ntseng a mpotsa potso ka nepo ‘M’e, a hopole hore mona ke ema ke loanela privileges tsa ka ke le a Member of Senate, and one of them ke eno ea petrol, ke ile ka e hlola ntoa eno e fetile hona joale ha ke sa le mono.

Ke se ke le ho tse ling pele, hona tjena ho na le tseo ke ntseng ke li bona esale ke kena mohahong ona ke bona eka ke tla etsa claim hore ka mane ka bathroom ke batla full length mirror ke hore oa bona ntho eo ke tla bona seipone mane, ke hore standard se ntse se phahama, ha kea ema mane ho M5,000.00, khale ke qetile ka eona.

Ebile ka lebaka la inflation ke tlo tla hape term e tlang hore e nyolohe, akere oa utloa, so leqephe leno re le koetse hona joale re fetela ho ena ea li-Tall Gate Cards, re batla ho bona hore ho ba le li-cards, so a se ke a etsa mix issues. Ea petrol let it be ea petrol. Mona ke bua ka ntho e ‘ngoe e fapaneng. Ka ‘nete taba ena ke kopa e tle kene, ebile hantle-ntle issue mona ke hore ntho eo ke e tsekang ke hore re le likomiti re kenyelletsoe ha ho etsoa budget, re se re etsetsoa budget ke li-Committee Clerk, no! ha e amohelehe Madam President.

Hantle-ntle ke ntse ke akhela feela

MADAM PRESIDENT (Point of Order): Ke bona u qopetsa haholo Setho se Khabane u tla lahleheloa ke moelelo oa puo ea hau eo u neng u itse ha u batle hore u tle u e thunthetse, tsoela-pele ka puo ea hau. Tsena tsa ntoa u tla li bona kamorao.

HON. SENATOR M.M. MOSHOESHOE: Kea leboha ‘M’e ha u nketsa call to order. Ha ke na le bothata, feela hee molaetsa oona o fetile. Ke ne ke bua litaba tsena ho tlatsa Molula- Setulo oa haeso hore ka ‘nete li-report tsena tse peli tseo re li entseng ka makhethe le ka bokhabane li fete li il’o sebetsa. Kea leboha.

HON. SENATOR M. P. MOKHATHALI: Ke u hlomphe Madam President le Tafole ea hau le Litho tsa Ntlo kaofela.  Ka ‘nete le ‘na ke rata ho kena ho Report tsena tse tekiloeng ke Molula-Setulo oa Komiti ea Legislation. Ha ke Setho sa Komiti eo empa hee ka lehlohonolo ke ’ne ke rate ho ba chakela. Ke ne ke le teng ha mapolesa a beha litaba tsena tsa ‘ona.

Bookameli ba Sepolesa bo beha litaba tsena tsa bona ka pele ho Ntlo, ka ‘nete le ‘na ke ile ka utloa e le litaba tse utloahalang hantle, tse hlakileng. Kannete le ‘na ha ke se ke sheba lilemo tsena tseo ba reng liofisiri tse kholo tse nang le litsebo tse khethehileng li ne li ea pencheleng ka tsona, ke ile ka bona li le nyane haholo hobane ho etsa train motho ke ts’ebetso e turu haholo. Ha se ntho e etsehang ka bobebe kapa ka litjeo tse tlase.

Ho turu haholo, empa leha u so u mo entse train hore taba eno eo u mo entseng train ka eona a e utloisise, e kene ts’ebetsong le bosebeletsing ba hae ba letsatsi le letsatsi ho nka nako hore a tloaele ntho ena eo re reng ke experience. Ke ho re leha a entsoe train joalo empa u eketsa mahlale haholo ha u ntse u etsa mosebetsi, taba eno e etsa hore joale taba ena eo u entsoeng train e kene ho uena hantle u e utloisise. So, ke ile ka sheba motho ha a le lilemo li kana ka tsa Honourable Dr. Lebese hore na ha e le motho e mocha hakana, ke ho re le re motho e mo kaa ka eena u se u re a ee hae empa u mo entse train neng, moo u seng u bile u lumela hore u antse litsebo tseo a li fumaneng. Ke ho re ke ile ka utloa e le tahlehelo e kholo ea batho ba ntseng ba etsoa train ebe pele litsebo tseno tsa bona li ka tsoela sechaba molemo ebe ba se ba tlameha ho ea hae.

Motho u ne u ntse u sa lemohe hore mosebetsi oa sepolesa o boima hakana-kana. Hee ka ‘nete le ena ea hore ho kena sepoleseng ho ke ho nyolloe li-credits ke bone e le ea bohlokoa empa joale ha ke shebile Commission ena ea Bahlanka ka bona hore e-e ka ‘nete re sa bapala le ka li-credit tseno tse tharo ka ’nete le hoja che e le hona moo re emeng teng empa u ntse u bona hore ho ea pele ho latela mosebetsi oa sepolesa ka moo ke boneng eka o matla ka teng, ke oa bohlokoa ka teng, e ka ‘na eaba o ntse u tla batla hore re nyolle ho feta mono hobane ruri ea ‘maruri re le sechaba re batla le ho etsetsoa toka ka makhotleng.

Empa haeba hore u tlo fumane toka litaba tseo tsa hau li ts’oaroa ke lepolesa ho tloha qalong hore li tle be li il’o fihla ka khotla. Ho oa utloahala hore haeba li ts’oaroa ke motho ea se nang boiphihlelo, li fihla ka mono li se ntse li ts’olohile. Ke ho re ho se ntse ho se na toka e kaalo-kaalo eo u ka e fumanang ho latela feela hore na li ile tsa ts’oareha joang. E le hore ka ‘nete motho u bone ha u ntse u mamela litaba tse ling hore mosebetsi oa sepolesa hore re tle re phele ka har’a naha e nang le toka, re phele ka boiketlo le ka khotso Mapolesa a lokela ho nkeloa hloohong, e le batho ba bohlokoa, ba tlatseletsoang ka litsebo, ba phelang le bona moo ba phelang ka boitlhompho bo ts’abehang hobane ha u shebile mona moo ke reng ha re phomotse re ’ne re shebe teng oa bona hore naha e ka qetella e fetohile ntho eo re e bitsang ‘mantloane hafeela sepolesa sa naha eno se ke ke sa ba le hohong hoo re ho bitsang li-ethics tse nepahetseng.

Kannete ho ba le li-ethics ke hore ebe motho o ile a feta likoetlisong tse phelang hantle tsa hore a tle a tsebe ho sireletsa sechaba sa habo, e le hore ka ‘nete ha ke ne ke ba mametse leha ke sheba e-e ka ‘nete le ‘na ke tlatselletsa hore report ena e fitisoe, e amoheloe ke Ntlo.

Ho ena ea Tall Gate Levy le eona ka ‘nete ke ne ntse ke le teng ha ba ntse ba e hlalosa. Le eona ka utloa e le ea bohlokoa feela moo ke neng ke e rata haholo eka re ka nyoloha le ho feta mona le hoja ba ne ba ka mpotsa. Ke ne ke tlo re ba e nyolle ho feta mona, ke hobane re na le batho ba bangata bao e reng matsiboea ha ho chaisoa mesebetsing ba qeta ho khola chelete ea Lesotho mona, ebe ba lula ka nqane ho la South Africa.

Hona ke ho bolela hore ha ba ea lishopong mantsiboea ba il’o reka li-panado, ba reka li-yeast ho tl’o luba mahobe joale ba se ba nkile chelete ena e ka Lesotho ka mona ba il’o reka likh’efing le lishopong tsa ka South Africa le meroho le libanana tseo ba li rekelang bana ka chelete eo ba ntseng ba e nka ka mona.

Joale taba eo e lokela hore e re hoseng hoo ke ileng ka ba botsa hore na ba kena feela, eaba ba re e-e hoseng ho hong le hohong ha ba kena ba tla mosebetsing motho ea lulang ka nq’ane ka Ladybrand kapa ka Ficksburg oa patala. Joale taba eo ke ne ke utloa ke e rata.

Ehlile ha u tla bona haholo ke hore ekare hoseng ho hong le ho hong ha ba tla mosebetsing ba ke ba patale ntho e phela-phelang hantle, ba se ke ba tla nka feela ka mona joale eaba ka chelete eona eno ba ea ka koana, e leng hore ka ‘nete ho tsena tse peli tse seng li tekiloe ka ‘nete ke utloa e le taba tsa bohlokoa tseo ke reng ka ‘nete re ea li amohela re utloa e le litaba tsa bohlokoa haholo molemong oa rona re le sechaba. Kea leboha Madam President.

                                Question Put and agreed to

HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Madam President, ke tla kopa ke nke tse tharo, e ‘ngoe ke tle ke kope Honourable Kanetsi a tla qetele ka ena ea Tourism Levy Amendment Regulations 2025.

Ke lebohe ka uena ‘M’e President, Ke ema mona ke Teka Food Fortification Amendment Regulations, 2025. Ke hlalose ‘M’e joalo ka ha kobo tsa Maseru ‘mala o mong, tabeng ena ea thomo ekasitana le tsela eo re tataisoang ka eona, ho kenyelletsa le Litho, haholo-holo tse etsang qobacha feela ka Ntlong ka mona. Ke ne ke re ke kenyelletse le tsona hore li tsebe hore ke karolo ea Komiti ena.

‘Me ekasitana le Bongoli boo re nang le bona. Ka uena ‘M’e President ke bonts’e hore Lekala la Office ea Prime-Minister mane Cabinet moo ho nang le Lekala le bitsoang Food and Nutrition Coordination Office ke bona beng ba Regulation ena ’me ba neng ba e-tla ka sepheo sa hore taba ea Fortification e leng taba moo u tla fumana hore ho kenyoa limatlafatsi lijong, haholo-holo mona ho shebiloe litaba tsa lihlahisoa tsa poone, tsa koro ekasitana le tse ling tse tsamaellanang le tsona.

Ke moo ho buuoang ka taba ea hore ho etsoe hore limatlafatsi li be teng ho ea ka schedule 1, se fanoang tabeng ea Food Stuff Regulations 6 ea tsona. Taba ena e ile ea hlaha ho taba ea Fortification Regulations 2020, e leng ea Regulations eo ea selemo sa 2020. Joale Amendment ena e ne e mpa e re feela ha ho buuoa ka taba ea phoofo ea poone, ka taba tsa tsoekere le koro ekasitana le mafura a phehang ao re tloaetseng hore re a bitse, re re ke fish oil feela lebitso le nepaheteng la teng e bitsoa cooking oil.

Lintlha-kholo tsena e ne e le tsa hore ka lebaka la mathata ao re nang le ‘ona a ho haelloa ke limatlafatsi, mafu a akhang a boqaqashelana ekasitana le mafu a mang a bonts’ang khaello ea matsoai. Taba ena ea Molaoana ona ke ho khothalletsa hore bahlahisi ba lijo tsena tseo ho buuoeng ka tsona ba bonahala ba kenya matsoai a nepahetseng, a ka re thusang hore moo eka bang khahello e ka ba teng ho tl’o ho bonahale re ka a fumana lijong tseo ba re fang tsona.

E leng hore ke seo Amendment ena e se bolelang. Ke bonts’e hore re ile ra e hlokomela taba ena ka ho botsa hore mohlomong ke bohlokoa hore batho bohle kaofela ba etsang tlhahiso eba ba ka hae ka mona kapa eba ke tse hlahang ka ntle tseo re tlang ka tsona ho bohlokoa hore ho bonahale taba eo, ’me le ho bona hore na ke ntho e ka lisehang ha bobebe joang ho bona hore ho tla be ho etsoa maintain quality le nutritional standards tseo tse etsoang recommend ke Molao ona.

Ka ho cho joalo u ntumelle ‘M’e President hore ke hlahise mona hore Komiti ea haeso e ile ea fumana hore Food Fortification Amendment Regulations 2024 be allowed into operation, subject to Standing Order No. 52(3). Legislation Committee wishes to submit Report for the Adoption for the House. I submit Madam President.

Ke kope ho fetela mokhahlelong o mong oa tsona li-Regulations tsena. E hlahlamang ke hore ke kopa ke teke tlaleho ea Komiti ea haeso holim’a Income Tax Amendment of Monetary Amounts Regulations 2025. Ke se ke ile ka hlalosa ho latela tloaelo le moetlo re ’ne re bonts’e Tlaleho ena e tla bonts’a hore na Litho tse ka koano na li fuoe thomo ho latela Temana efe ho latela li-Standing Order le Melao e e tataisang ekasitana le botho ba Komiti ea ha bo-rona ka moo ka leqepheng la bobeli le bongoli ba rona.

Ke mpe ke bonts’e hore tabeng ena ea Molaoana ona batho ba habo rona ba Revenue Service Lesotho (RSL) ke bona ba ileng ba tla Komiting ea rona e le bona ba tataisang taba ena hore ebe  Sehlomathiso sa Molaoana ona. Ho teng mona ho hoholo-holo ke ho leka ho etsa adjustments tabeng ea Personal Tax Credit, hore ba tsebe hore ba bue ka ntho eo ba e bitsang hore ke ‘to protect disposable income’ kapa mokhoa oa chelete e ka khafisoang kapa le mokhoa oo the buying power or tax payers e se ke ea ba mohlomong e se e tla jaroa ke taba ea inflation feela.

Ho mpa feela ho lekoa hore ho bonahale hore na ho ka etsoa joang. It was further outlined that the Regulations came into operation on the 1st April, 2025.

Ke mpa ke hlalosa feela hore mofuta oa Melaoana ena eo re nang le eona, Bahlomphehi, e le khopotso – ‘me kea tseba, ‘M’e President, Tafole le Litho tse Khabane, lea e hopola taba eno ea hore subordinate laws hangata re li nka li se li ntse li boletsoe nako ea tsona ea ho qala ho sebetsa, ‘me li se li ntse li ea pele. Ke bohlokoa hore le rona re tle re tatae kapele ha re li sheba, hobane e se e le likhothaletso tsa ha ho uoa pele hobane hona tjena haeba ho na le tse tla tla, re tla be re se re ntse re tseba hore re se re ile ra etsa match le speed sa Executive ka li-amendment tsena tsa li-regulation.

Mona ntho e kholo, joale ka ha re bonts’itse, ke hore the Ministry e ile ea bonts’a hore Regulation 3 provides that section 73 of the Income Tax (Amendment) Act, 1993 e etsoe amend. Mona re fihla re e tlosa moo re reng ho ne ho behiloe taba ea M11,040.00 e le eona threshold, ‘me re re re e etsa substitute ka amount e M11,640. 00 e le eona ntho eo re ka ra reng mohlomong ke bracket boo ho thoeng ho ka qaloa taba ea tax credit ka bona, ‘me ka hona ke moo e tsoang hona teng.

Ho feta mona, Regulation 4 e etsoa amend ka second schedule of Income Tax Act 1993 ka hore re hlakole M70, 500 ‘me e etsoe substitute ka M70,040, ‘me ke eona eo e leng Sehlomathiso.

Ho feta mono ke ho etsa repeal Income Tax (Amendment) Monetary Amounts Regulation, 2025, ‘me taba ena ba ile ba beha litaba tsa bona, ‘me ra ba aka. Therefore, Income Tax (Amendment) Monetary Amounts Regulation, 2025 should be allowed to come into operation by the recommendation of the Committee, subject to Standing Order No 52 (3);

 The Committee wishes to submit the report for the adoption by the House.

I so submit.

Ke ne ke batla ho nka e khuts’oanyane haholo, Bahlomphehi, Tlaleho, e leng ea Value Added Tax Registration Threshold (Amendment) Regulation, 2025.

Ke se ke ile ka bonts’a hore ka tloaelo na Litho ke bo-mang, thomo ea rona na ke efe ‘me moo ke seng ke ba hona teng ke hore ka this Amendment, the Revenue Service of Lesotho, e ileng ea hlaha kapel’a rona, e ile ea hlalosa hore taba ena ea hore ho buuoa ka lintho tseo ho thoeng ke li-VAT vendors –  ba leke hore ba behoe ka li-category tsa bona; ‘me li-category tseno tsa bona ka mokhoa oo ba leng ka teng ke hore na threshold for registration ea bona e tle e tsamaee ka tsela e joang.

Rea tseba hore re na le bona e le bao re ka reng ke ba mahareng, ba baholo le banyenyane. Ha ba etsa mosebetsi oa bona the Regulation ena empa e leka hore e-ba behe ka li-category tseno tsa bona hore ba tle ba sebetse ka tsona.

 Kea kholoa ho hoholo ke hore ho thoe “the Ministry further shows that the registration threshold, in respect of the supply of  goods and services shall be M2 million. 

Ho feta mona, ke ho etsa repeal hape-hape Regulation 3 ea Value Added Tax Registration for Registration of Vendors (Amendment) Regulation of 2025 from 2013 Act.

The Committee noted with gratitude that the presentation – oh, it was made well! Mona e se e le boithoriso ba rona feela hore mona ba ile ba etsa mosebetsi o motle. Ka hona, Madam President, the Committee recommends that the Value Added Tax Registration for Registration of Vendors (Amendment) Regulation, 2013 be allowed to come into operation subject to Standing Order No. 52 (3).  

The Committee wishes to submit the report for the adoption by the House.

I so submit.

Ha ke tsebe tataiso ea hau, ‘M’e President, hore na mohlomong re ka be re se re nka le ena e ‘ngoe ea Levy e le hore ha re se re kena ho tsona ra be re se re li etsa kaofela na? Empa re tla fuoa tataiso ke uena, Madam President.

Thank you.

MADAM PRESIDENT: Ke ne ke re u fumane ea u tlatsang moo, hobane ke utloile eka ena ea ho qetela e tla tla e etsoa present ke a different Senator.

Ke kopa ea ka u tlatsang mona re tle re tsebe ho tsoela-pele ka eno pele ba etsa le li-input.

HON. SENATOR DR. T. LEBESE: Kea leboha, Madam President.

Ke laeloa mona ke Morena oa Lioli hore ke tlatse Mohlomphehi. Ntlheng ena ea Report ea pele eo a qalileng ka eona.

Madam President, kea kholoa ke ena ea fortification. Ho ile hoa bonahala ’M’e, ha ke ema ke tlatselletsa Tlaleho ena e behiloeng ka bokhabane ke ntate Molula-Setulo hore ho na le bothata bo teng ba standard growth, e leng bokakachelana haholo literekeng tsa Mohale’s Hoek le Quthing.  Taba ena e ile ea qholotsa Lekala hore le tle le etse li-guide line. Ha se feela ka thutong, ba hana le ka bokakachelaneng; re ntse re na le bothata bo ts’oanang!

Taba ena e ile ea ba qholotsa hore ba tle ba etse li-regulation tsena and framework ho thusana hore lijo-thollo tse tla fetoleloa phoofong li tle li kenyelletse matsoai ana a hlalositsoeng, e leng micro nutrients ho thusana ho fokotsa kotsi ena e bonahalang e le teng.

Hape-hape framework ena, Ntate Molula-Setulo, ke u tlatselletsa, Ntate, ke hore ho bonahala ho se ho na le bo-ramechine ba bangata haholo ba seng ba na le maloala, ba silang, ba etsang packaging ‘me ba fetisetsang thepa ena ho sechaba ho ja. Joale empa ha framework e le sieo ea hore na ke ka semetho sefe ba ka kenyang li-micro and m…nutrients joale ka ha o hlalositse, taba ena e tla fana ka bothata.

E ‘ngoe ea ho qetela eo ba ileng ba e supa ke hore ka bongata, sechaba sa bana ba Basotho ba na le taba eane eo re e bitsang School Feeding Programme ‘me taba ea hore ba etsa source out lijo tsena kapa lijo-thollo tsena ho Basotho, ke bohlokoa hore ho tle ho be le framework ena hore e tle e thusane re qobe mafu ana a boletsoeng e leng anemia, stand growth le mafu a mang a ka bakoang ke deficiency of this particular micro and nutrients tse ka tlisang abnormalities and malnutrition.

Ke tlatsa Tlaleho ena ea Ntate Molula-Setulo, Madam President.

Tlalehong ea hae ea raporoto ea bobeli e neng e bua ka the Income Tax, re hlokometse morao tjena ha ke tlatsa Tlaleho ena ea hau Ntate Molula-Setulo hore leha the Personal Tax Credit e ne e le M11,000, e tla etsa reflect hore chelete e sa etsoeng tax ke M920.00 per month. Bohlokoa ba teng ke hore ke per resi dential individual e leng baahi ba naha ena ea Lesotho.

Taba ena moelelo oa eona ke ho etsetsa feela hore ho be le exposable income kapa lekeno le tlang ho motho le motho le batlang le eketseha haholo ho fokotsa sekhahla sa inflation

Madam President re tlalehetsoe joale ke Letona le Khabane la Lichelete le Meralo hore we are seated around 4.5% of inflation ‘me tlatsetso ena ea Amendment ena e tla re thusa haholo hore lekeno le tlang ho motho e le an individual ea tholang chelete mokotleng o moholo oa sechaba, e mo thuse hore exposable income e eketsehe.

Ha se feela taba ena Ntate Molula-Setulo, empa ba ile ba bolela hape-hape hore e tla nanabetsa letsoho ho li-sole proprietor or sole traders over and above employees haholo e thuse le li-pensioner. E tla thusa hape-hape hore e fokotse sekhahla sa lekeno ka ho etsa cushion taba ea inflation e bonahalang e nyoloha ka sekhahla se phahameng.

Tlaleho ena le eona kea e tlatsa, Madam President.

Ena ea ho qetela ea sekepele sa li-vendor ke Report ea hae ea ho qetela. Kea kholoa eona taba e kholo e neng e suptjoa mono ke hore ha ho fokolitsoe the threshold e behiloe ho M2 million for the vendors, taba ena e tla thusa hore ebe bahoebi ba bangata haholo ba kenang ho etsa provide goods and services. Joale ho kena hoa bona ka sekhahla ho tla thusana hore the taxbase li batle li eketseha ‘me litaba tsena ha li eketsehile, ke ho bonts’a hore RSL e tla etsa collect ho tlala seatla papisong le ha threshold e ne e ntse e behiloe holimo haholo.

Khothaletso e ka ba hore ke bahoebi ba bangata haholo joale ba tla ananela le hona ho bona hore they observe taba ea khutliso ea libuka kapa ho etsa libuka e le hore ba khutlise tax joale ka ha ba tlameha ho e lefa.

Le eona ka tsela e ts’oanang Madam President ke tlatsa Tlaleho ena hore it is a true reflection ea seo re ileng ra se ts’ohla le Lekala ha re ne re kopane.

Kea leboha.

MADAM PRESIDENT: Litho tse Khabane, ke utloa ho opa hona ho le bolutunyana hore empa joale ebile re ts’oanetse ho ba morolo [Liatla].

Ke kopa hore ke fe Honourable Senator Kanetsi hore a tsoele-pele ke tsebe hore ke teke taba a tle a tsebe ho tlatsoa le eena.

HON SENATOR M. KANETSI: Ntumelle, Madam President ke u hlomphe hape le Tafole ea hau le Litho kaofela.

Kannete ke kopiloe ke Molula-Setulo oa Komiti ‘me ke ananetse ke le Setho sa Komiti ena ho etsa present Report ena e amanang le Lekhetho la Bohahlauli (Tourism Levy Amendment Regulation, 2025) ‘me ha ke na ho ea haholo ka qalong ka mono hobane o se a boletse hore na Term of Reference tsa Komiti ena ke life le hore na Litho ke life, e ntse e le Litho tse ts’oanang.

Ke tla mathela haholo mane moo re reng ka la 12 November selemong se fetileng, Ministry o ile oa tla ka pele ho Komiti ho tla beha taba ea bona ea ts’isinyo ea tokiso ea litemana tse ling tsa Molao oo. Ba ne ba bolela hore sepheo-pheo ke hore ba tle ba matlafatse ts’ebeliso le pokello ea lekhetho lena la bohahlauli.

Ministry o ne o bolela hore ba ka lakatsa hore Director of Department of Tourism le Representative ea LTDC le Legal Office of the Ministry ba ts’oare ka hare ho Board ea teng. Ba be teng lilemo tse ka bang tharo (3) ‘me ho boele ho be le monyetla oa hore ba etsoe appoint for another 3 years. Kamorao ho moo litho tse joalo li tle li phomole, empa li ka boela tsa etsoa appoint back to the Board hape kamor’a lilemo tse ts’eletseng. Joale ba ne ba kopa tukiso eo.

Joale hape ba ne ba re taba ena ba e etsa molemong oa hore ba tle ba etse promote continuity, transparency le ho etsa rotate expertise within the committee, le hore hape ba baballe hore institutional memory e se ke ea lahleha.

Ministry hape oa re o tla etsa keketso lintlheng tse ling tsa lekhetho e le hore ba tle ba bone hore pokello e ba beterenyana hore litaba tsena tsa tourism li bonahale li sebetsahala habobebe. Joale empa holim’a ho le joalo, ho tla boetse ho e-ba le likarolo tse ling tsa bohahlauli tse neng li sa kenella hore li ka etsa collect lekhetho le joalo. Tsona e tlo tla e ba travel agents tseo li seng li tlo tla li lefisoa levy ho ticket e ‘ngoe le ‘ngoe eo ba e rekisang. Le li-tour operator le tsona li-package tsa bona tseo ba seng ba li lokisetsa bahahlauli ba se ba tlo tla ba kenya lekhetho le joalo.

Ministry mona o ne o leka hore ba ke ba etse an equitable collection across various sectors kahar’a the tourism industry. Ho ne ho bonahala ho khafa ba bang, ba bang ba lebalehile ‘me ba ba kenyellelitse hona joale. Joale eaba ba tla ka schedule seo ba reng re ke re se shebe seo ba neng ba re ba etsa propose hore re ke re etse litokiso tsena.

Ha re tla lehlakoreng la lihotele, guest houses and all related facilities, ho ne ho entsoe propose hore ho tle ho etsoe charge 5% empa ho se ho tlo etsoa propose hore ho etsoe charge 1.5% on the room rate.

 Joale e ncha e kenelletseng ke hore ho ne ho sa etsoe charge letho baneng, empa bana ba ka patala M5.00 makenong a lits’ebeliso kapa related services tsa tourism. Batho ba baholo ba tle ba patale M10.00, le bona ba ne ba ntse ba sa patale letho.

Batho ba hlahang from SADC region e le bana ba chaketse Lesotho ba tle ba patale M10.00 hobane ba ne ba sa patale letho. Batho ba hlahang from the SADC region e le batho ba baholo bona ba tle ba patale M20.00 hobane ba ne ba ntse ba sa patale letho.

Bana ba hlahang mafats’eng ba tle ba patale M20.00 ha ba ne ba ntse ba patala M10.00. batho ba baholo ba hlahang machabeng ba tle ba patale M30.00 ha ba ne ba ntse ba patala M20.00.

Likoloi tsena tse tlang re ntse re re ke likoloi tsa leisure, li tle li patale M100.00 ha li ne li ntse li patala M20.00. Li-motor bike le li quad bike li tle li patale M200.00 ha li ne li ntse li patala M10.00. Mountain bikes li tle li patale M100.00 ha li ne li ntse li patala M20.00. Leisure boats li tle li patale M200.00 ha li ne li ntse li patala M20.00. Speed boat li tle li patale M200.00 ha li ntse li patala M20.00. Mobile home ticket li tle li patale M500.00 ha li ne li ntse li sa patale letho.

Motho o ne a fihla a itlhomela ntho ea hae feela kahar’a naha ka mona a itsoela a itsamaela. Flight ticket e tle e patale M50.00 ha e ne e ntse e sa patale letho. Tourism package e tle e patale 1.5% ha e ne e ntse e sa patale letho. Film and photography e tle e patale M5000.00 ha e ne e ntse e sa patale letho.

Motho o ne a kena a nka lifoto tsa lithaba tsena tsa rona tse ntle ha a qeta a tsoa le mona, joale ho se hothoe re ke re ba patalise joaloka linaheng tse ling.

The Committee e ile ea hlokomela litaba tse latelang; ea hore ehlile taba ena e tla etsa improve efficiency e be e kenyeletse le mafapha ‘ohle a neng a ntse a salletse morao le ho fana ka the fairness in the tourism levy framework.   Hape ho ile hoa hlokomeleha hore mohlomong ho tla hlokahala hore taba ena ho tle ho etsoe Public awareness le Education ho basebelisi ba thepa tsena le tsona operators tse ncha tse tl’o sebelisa Molao ona hore ba tle ba be aware ka tsona, Ministry o tle o etse mosebetsi ono ka matla a maholo.

Hape hoa bonahala hore ha ho se ho shejoa composition ea board ea litaba tsena tsa Tourism levy, representation ea Ministry e imetse representation ea stakeholders tse ling. Constituency tse ling tse etsang collect levy ena, ba bonahala ba ba imetse haholo ba le ba ngata haholo in the board, ha bane ba etsang collect lekhetho ba fokola haholo. 

Madam-President, subject to Standing Order Number 52(3) Komiti ena ea Ketsa-Molao e kopa ho teka ka pele ho Tafole Tlaleho ena ea Tourism Levy Amendment Regulation 2025 for adoption by the House.

I submit.

MADAM-PRESIDENT: Ke emetse hore le mo opele matsoho Litho tse Khabane.

Point of Order Honourable Senator.

HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ntšoarele ‘Me’ ke nahanne hore re e entse sort le ena Madam-President, empa ke kopa ho kenya mohatla o sieo moo.

Che ke ntho eo ho bonahalang ele omission ea hore the Committee wishes that the tourism levy amendment Regulation 2025 be allowed to come into operation.

Ke eona ntho eo re neng re e entse omit feela.

Kea leboha.

MADAM-PRESIDENT: Ha re fumaneng ea tlatsang Honourable Kanetsi Litho tse Khabane.

Honourable Senator Moshoeshoe.

HON. SENATOR M. MOSHOESHOE: Madam President, ke ema mona ho tlatsa Mohlomphehi Senator Kanetsi ka Report ena eo a e behileng ka bokhabane. Taba eo ea khetho ea Tourism Levy Committee le taba ea Tourism Levy ke taba ea lichelete tsena tsohle tse boletsoeng mona, ‘Me’.

Ka bokhutšoane kea tlatsa, ke ntse ke khalemelloa ho etsa roll haholo ‘Me’.

Ke se ke qetile, kea tlatsa.

Question put and agreed to

Next Item Mr. Clerk.

Item Number 2:  Motion

MADAM-PRESIDENT: Butle Honourable Minister, ke hona ba mphang Order Paper.

Honourable Minister u ka tsoela-pele ka Motion oa rona.

HON. M. MOTEANE (MINISTER of PUBLIC WORKS): Kea u hlompha, Madam-President.

I wish to move that this Honourable Senate, when it rises today Thursday the 5th of March 2026, it do adjourn until Tuesday the 17th of March 2026. The purpose of this short break will be to allow the Senators to attend the following two obligations:

  1. Moshoeshoe’s Day and the Unveiling of the 60th Diamond Independence logo that will held at Thaba-Bosiu Cultural Village on the 11th of March 2026 at 10:00 a.m.
  2. Also to allow Committee on Government Assurances to attend the requisite training from the 9th March which is Monday until Friday the 13th of March 2026.

I deliberately read the English Version because the Sesotho version has a separate reason which is an invitation to attend.

MADAM-PRESIDENT: Setho se Khabane se tlatsang Honourable Minister, ke kopa ba u tlatse Honourable Minister.

Setho se Khabane Honourable Senator Kanetsi.

HON. SENATOR M. KANETSI: Kea leboha Madam-President.

Ke kopa through you ho tlatsa Setho se Khabane ka tšitšinyo ena ea hore re tle re ee phomolong nako e khutšoane ea beke hobane joale Litho li il’o ithuta.

Madam-President, this is in line with capacity building programs tseo ho hlahileng in various forums ha re le Thaba-Bosiu, ha re ntse re etsa strategic-plan hore re hloka hore re le Litho re ‘ne re tšehetsoe, re rupeloe, re ntlafatsoe ka litsebo tsa rona re tle re tsebe ho phetha mosebetsi oa rona.

Ke karolo Madam-President ea The Governance Committee, ke Setho.  Re ile ra hlokomela hore joaloka Komiti e batlang e le ncha hore re na le likhahello tse itseng tseo re bonang eka re ka fumana tšehetso ea litsebi tse ling tse ka re thusang hore re tl’o phetha mosebetsi ona oa rona hantle ka makhethe.

Rea iteka feela ehlile re na le likhahello, re batla ho ntlafatsoa, ke lona lebaka leo re eang Thupelong ena ka lona. Taba ena re lumela hantle hore e tla re tsoalla namane e tšehla Madam-President le Litho tse Khabane.

Ka hona kea tlatsa.

MADAM-PRESIDENT: Kea leboha, ke sa emetse litlatse pele. That is culture ea rona ea Paramenteng. Ha ho na Setho se buang ebe ha se opeloe ka’nete.

Question Proposed

MADAM-PRESIDENT: Honourable Senator Lioli.

HON. SENATOR S. G. MASUPHA: Kea leboha Madam-President. Ehlile taba ena ke e etsa support hore re tle re phomole ka mabaka ana a tekiloeng kahar’a tokomane ena ke Molula-Setulo oa Ntlo.

Haele bonnete leha taba ena e ntse e-so hlophehe hantle, hona joale re ntse re nka e le letsatsi la phomolo, lena la la 11, ehlile re ntse re se khotso ke letsatsi leno Mohlomphehi.

Letsatsi leno le ntse le re hanya, lea re hanya hobane ha ele bonnete ha ho ne e nepahetse, e ne e tlameha hore ebe ke letsatsi la Thapelo, empa re ee re bone eka ho oa ketekoa. Na ka’nete le haeba Ntat’a rona moholo ene e le Mohale, na ka la 11 ho ka tantšoa ka khopotso ea lefu la hae?

Ka’nete rona re cha re tšola kahar’a boemo bona hobane ke Ntat’a rona Moholo ka kotloloho, ebile e le Ntat’a Basotho. Re utloa eka ekare ho ile hoa eba le lonya le ileng la etsoa hore letsatsi lane la la 12 hore ebe le ile la fetoloa. Le ne le ntse le na le moelelo o motle, o nepahetseng hore ke latsatsi leo Ntat’a rona a ileng a kopana le naha ea Manyesemane ‘me eaba re fumana boemo bona boo re ileng ra bo fumana ba ho sireletsoa. Joale ena ea lefu eona ka’nete le tsela eo e sebetsoang ka eona feela, rona re le baena ka kotloloho ba Motlotlehi ka’nete ke ee ke bone re soaeloa ka thoko ka letsatsi leno.

Ke mpe ke e behe phatla-nchocho, ke re ‘na ke se ke se na thahasello e kaalo-kalo ea ho ea ketekelong ea letsatsi le joalo, hobane ehlile e ntse e re hlabile maling-a-mpa. Ha e’a nepahala ho fihlela mohla re ka ra e fetolang, ra e busetsang hona mane moo e neng e le hona teng ke hona mohla e tla nepahala.

Ha Bahlomphehi Matona ba etsa li-salute tseno libakeng tsa rona, ka’nete rea ba hlompha ke Matona a rona. Ba ne ba lokela hore ebe ba ema le rona ebe re etsa salute re le kaofela, empa u tla fumana re le morao koana. Ke hore ehlile e na le liphoso tse ngata tse bohloko tseo ka’nete ka letsatsi leno ke ee ke utloe pelo ena ea ka e thulama, ke ebe ke utloe eka nka ja borokho ka ea Ha-Leseisane.

Ha ke e feta taba eno, Mohlomphehi ke kena tabeng ena ea letsatsi la Mohlomphehi Tona-Kholo leo a re kopileng hore re il’o keteka le eena mane (Interrupted)

MADAM-PRESIDENT: Order.!

Setho se Khabane, taba ena ha rea bua ka eona ea keteko. Litaba tsa ho keteka le Mohlomphehi Tona-Kholo li bile ho li-announcement, joale ke ntho ena ke ileng ka re Honourable Minister a felle mona. Ke bona eka le fumane version e fosahetseng ka Sesothong, hantle e fella mona moo re nang le mabaka a mabeli a ho phomotsa Ntlo.

HON. SENATOR S. G. MASUPHA: Kea leboha, eno ke se ke bile ke e hula.

Ena ea ketekelo ea Thaba-Bosiu ea letsatsi lena, ka’nete kea e thoholetsa hore re tle re phomole re il’o ketekela Thaba-Bosiu hobane ke qeto eo eseng e entsoe eo re ke keng ra re letho ka eona. Re ne re ntse re batla hore na ebe libakeng tsa rona ka letsatsi lena re na le liketekelo tseo re li etsang tse makhethe, tseo bana ba rona ba pholang, ba hlaphoheloang, ba ketekang ka letsatsi leno. Joale empa ke qeto e entsoeng ke naha hore taba ena e il’o ketekeloa Thaba-Bosiu, ‘me ke utloa ke e etsa support hobane ke karolo ea Puso.

Ha re eeng Marena a ka re il’o ipontša mono, re tšehetse Ntat’a rona eleng eena eo re leng mona ka lebaka la hae, eleng Motlotlehi Letsie la Boraro.

Kea leboha.

MADAM-PRESIDENT: Ke kopa u time ea hau, kea leboha Honourable Senator.

Question put and agreed to

MADAM-PRESIDENT: Ele hore Litho tse Khabane ke qeto ea Ntlo hore re phomotse Ntlo beke e tlang ele hore re tle re tsebe ho ea mabakeng ana a seng a hlalositsoe mona. 

Ntlo e tla phomola ho fihlela ka Labobeli la la 17 March 2026.

Ha ho le tjena Ntlo e fihlile pheletsong ntle le hore Komiti eane ea Government Assurances e na le Kopano hang-hang ha Ntlo e phomola. ke tseba e il’o tšoareloa ka Administration Board Room. Ke bona Molula-Setulo a oma ka hlooho, ‘me ho bolela hore ho joalo.

Rea leboha Litho tse Khabane, ha re phomoleng ha monate.

ADJOURNMENT

There being further business on the Order Paper, Madam-President adjourned the House without Question put, pursuant to the Standing Order No. 16 (3).

The House was adjourned at 12:05