HANSARD 6 MAY 2026

KINGDOM OF LESOTHO

PARLIAMENTARY DEBATES

SENATE CHAMBER

DAILY HANSARD

OFFICIAL REPORT OF THE SENATE

FIRST SESSION – ELEVENTH MEETING

ELEVENTH PARLIAMENT

Wednesday 6th May, 2026

LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG

1. Hon. Seeiso B. SeeisoPrincipal Chief of Matsieng
2. Hon. Joel A. MotšoenePrincipal Chief of Leribe
3. Hon. Sempe Gabasheane MasuphaPrincipal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan
4. Hon. Mamolapo M. Q Majara Principal Chief of Ha Majara
5. Hon. Tumane MatelaPrincipal Chief of Makhoakhoeng
6. Hon. Moeketsi Moletsane IIPrincipal Chief of Taung
7. Hon. Lerotholi Mathealira SeeisoPrincipal Chief of Mokhotlong
8. Hon. Lerotholi L. Seeiso   Principal Chief of Likhoele
9. Hon. Theko D. BerengPrincipal Chief of Phamong
10.Hon. Mojela T. MakhaolaPrincipal Chief of Qacha’s Nek
11. Hon. Seeiso S. H. NkuebePrincipal Chief of Quthing
12. Hon. Nthupi A. Bereng                     Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote
13.Hon. K.L.K Khoabane ThekoPrincipal Chief of Thaba-Bosiu
14. Hon. Mitchel S. MaamaPrincipal Chief of Ha Maama
15. Hon Moholobela M. Moholobela Principal Chief of Matelile
16. Hon. Bereng G. Seeiso Api  Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake
17. Peete Lesaoana PeetePrincipal Chief of Koeneng le Mapoteng
18. Hon. ’Mako T.MohalePrincipal Chief of Tajane, Ha Ramoetsana le Ha Mohale
19. Hon. Khoabane T. MojelaPrincipal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso
20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli Principal Chief of Botha-Bothe
21. Hon. Pontšo S. MathealiraPrincipal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere
22. Hon. Qeto Sekonyela Principal Chief of Malingoaneng
23. Hon. ’Mawinnie KanetsiSenator
24. Hon. Lebona KhoaeleSenator
25. Hon. Thabiso LebeseSenator
26. Hon. ’Maphakiso LebonaSenator
27. Hon. ’Mabataung Patricia                                MokhathaliSenator
28. Hon. Sehloho Henry MonatsiSenator
29. Hon. ’Makholu MoshoeshoeSenator
30. Hon. Neo Matjato MoteaneSenator
31. Hon. Seabata MotsamaiSenator
32. Hon. Richard RamoeletsiSenator
33. Hon. Limpho TauSenator

PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO

SENATE CHAMBER

Wednesday 6th May, 2026

The House assembled at 10:30 a.m.

(MR VICE PRESIDENT in the Chair)

PRAYER

The Chaplain led the House in Prayer

COMMUNICATION FROM THE CHAIR

MR. VICE-PRESIDENT: Ke kopa ho le lumelisa le ho le amohela Litho tse Khabane letsatsing la kajeno la Laboraro, la 6 Mots’eanong, 2026. Ke na le litsebiso tse fokolang Litho tse Khabane. E ‘ngoe ea litsebiso tsena ke etse hloko hore ke karolo ea litsebiso tse ileng tsa etsoa maobane, e leng hore eona ke khopotso feela. Tsebiso ea pele:

  • Ho bonahala ho na le mafu a mabeli a qhommeng a liphoofolo ka hare ho naha ka mona. Ho latela tlhophiso e neng e entsoe leha ke sa bone Mohlomphehi Letona la Temo ka koano. Tlhophiso e neng e entsoe ke Boeta-Pele ba Ntlo ena ke hore Mohlomphehi Letona Selibe Mochoboroane ebe o teng ka koana a tlo tla a re etsetsa Polelo ka mafu ano a mabeli a qhommeng. Ke lefu la Tlhako le Molomo hammoho le lefu le bonahalang le hlasetse lipere. Joale Tafole e sa il’o fumana hore na ebe o tseleng kapa ho fetohile ho kae. Re tla tseba hore na ho tlo tla ho etsahalang.
  • Ke khopotso ea tsebiso eo le ileng la e etsetsoa maobane hore hosane ka Labone la 7 Mots’eanong, 2026 Komiti ea lona ea Ethics, Amenities and Privileges e tla kopana hona ka har’a Chamber ho tla tla hlahloba tokomane eane eo le ileng la e etsa. Le ea hopola hore le ile la etsa sets’oants’o sa tokomane e tlo tla e laola litaba tsa ts’ebetso ea rona ka koano ka Ntlong, hore na litaba tsa ts’ebetso li ts’oanela hore li be joang.

Esale le etsa draft ea that document joale tlhophiso ke hore hosane hang ha Ntlo e phomola Komiti e tle e lule ho tlo hlahlojoa tokomane eno le hore e tle e ananeloe.

  • Ke Laboraro Litho tse Khabane, ‘me rea tseba hore Laboraro le leng le le leng ke letsatsi leo Litho tse Khabane li botsang Bahlomphehi Matona a Khabane Lipotso tse tsoang sechabeng koana, tse ling li ee be li tsoa ho lona ka kotloloho.

E le hobane joaloka Baeta-Pele le ile la ela-hloko litaba tse itseng joale le li botsa lebitsong la sechaba. Athe tse ling e-be e le tseo le li filoeng ka kotloloho ke sona sechaba sona seno seo le se etelletseng pele. Ebe ba tla fana ka litaba tsa bona ho lona hore le mpe le tlo tla le ba botsetsa tsona molemong oa bona.

  • Ho tloha mono re na le Motion oane oa Morena Peete, ke etse hloko hore le ile la kena ho oona ka matla maobane, empa ha le ka ba la o qeta. Ke tsona litaba tseo re tlo shebana le tsona kajeno.

Kea hlokomela hore Ntate Deputy Clerk ke enoa a kena kea kholoa u tla re fa hore na Mohlomphehi Letona oa kena kapa ha a kene. E leng hore haeba a le sieo kaha re ne re ts’oanela hore re qale ka eena ka taba eno ea Polelo re tsebe ho fetela mokhahlelong o hlahlamang oa Lipotso.  

Ache ho bonahala Litho tse Khabane re tla tsoela-pele ka taba ea Lipotso hobane joale Mohlomphehi Letona – ke fumana update ea hore e ka ‘na eaba Mohlomphehi Letona le Khabane o tseleng o tla tla a fihla. Empa ha re na ho ema re tla tsoela-pele ka mosebetsi. E tla re ha a fihla ka tataiso ea Tafole re tla etsa litokiso re tle re mo fe monyetla hore a tle a tsoele-pele ka taba eo ea Polelo ea hae, etsoe ka ntle ho Polelo eno o ntse a boetse a hlahella Lipotsong mona ho tla tla araba Lipotso.

  • Tsebiso e ‘ngoe Litho tse Khabane ke ea hore Mohlomphehi Dr. Lebese eo e leng Setho sa rona ka koano ka Ntlong eo e bileng e le Molula-Setulo oa Komiti eane ea rona ea Bolisa, ka ntle le ho ba Molula-Setulo oa Komiti eane ea rona ea Bolisa e lisitseng Makala a ‘Muso hore na a sebetsa joang, haholo-holo boitlamong boo ba ileng ba bo etsa ka pele ho sechaba le ka pele ho Matlo ana a mabeli hore na ba hakae kapa ba ntse ba sebetsa joang. Rea tseba hore ke Molula-Setulo oa Balula-Setulo ba Likomiti tsa Ntlo ena e Khabane. Joale litaba tse monate tse ling, tseo re lokelang hore re li tlalehele Ntlo ena e Khabane ke hore Honourable Dr. Thabiso Lebese o entsoe appoint as a rapporteur ea South African Caucus litabeng tsena tsa Pan-African Parliament. Rea tseba hore ke eena ea re emetseng ka mona ka Senateng mane Pan-African Parliament. Joale phuthehong ena e sa tsoa feta e neng e lutse Tulong e fetileng ea Pan-African Parliament u khethiloe e le eena rapporteur, ‘me ka ‘nete ke ne ke kopa hore re ke re mo lebohele ka taba eno. Re be re lebohele le Ntlo ena ea Senate, Paramente ea Lesotho le naha ea Lesotho ka kakaretso.

Leha e le mona ke beha taba ena tjena feela ‘na ke rata hore le haeba e ke ke ea e-ba letsatsing lena re tle re khutlele ho eona re tlo tla re mo lebohela ka mantsoe e seng ka liatla feela. Re tle re etse tlhophiso ea letsatsi le Tafole hore ho tle ho be le letsatsi leo re tla tla re mo lebohela ka taba ena hobane e molemong oa rona re le naha. Ke eona taba eno eo ke neng ke re ka ‘nete litaba tse monate ke tsona tseno ka Dr. Lebese. [Liatla]

Rea leboha Litho tse Khabane. Ke batla ke isitse ka ‘moho ka litsebiso, ‘me ha e le mona Mohlomphehi Letona la Temo a ntse a e-s’ oka a kena ke kopa re ee ho next item Mr. Clerk

2. Oral Answers to Questions

MR. VICE-PRESIDENT: Morena Peete botsa Potso ea hau ea 120. Morena oa ka oa Ha Maama, a k’u nts’oarele hanyane feela. Ha ke tsebe hore na hobaneng taba ena e nts’iretse hobane re qeta ho hlalosetsoa hore Letona le Khabane la Temo le tseleng. Joale ha re qala re e botsa hona joale tjena a ntse a e-s’o ka a kena ehlile e se e tlo ba le star sa bobeli. E se ntse e na le star sa pele. Joale ke kopa hore ka lebaka leo re mo fe monyetla, re e fete Potso ena re se ke ra e botsa hobane ha e qeta ho ba le star ha a sa tla e botsa.

Ha re e fetile feela e se e tla ba le star sa bobeli ‘me e ntse e ‘meha ka mosing ha e ba joalo. Re ke re mo fe monyetla re tla khutlela ho eona nakong eo a seng a le teng.

Ke kopa hore re fetele ho Potso ea bobeli ea Nthla ea Tsamaiso ka Dr. Lebese.

HON. SENATOR DR. T. LEBESE: Kea leboha Ntate Vice-President. Ke u shebile Ntate ha u tlameha ho etsa deal le litaba tsena tse teng joale u rarahana, e le pampiri, e le molaetsa, ke hore e le ntho tse ngata bona boo haesale moo u lekang ho etsa sort your agenda. Mohlomong taba ea ka e tla ho Mohlomphehi Letona le Khabane la Temo le Kanetso ea Lijo. Ka ‘nete e ea ipheta taba ena ea hae Mohlomphehi, ka ‘nete ha e qale hohang. E ka ba tiiso kapa ea Lipotso haholo ha a ne a ntse a le Lekaleng la Health.

Ke hore Lipotso tsa Health oa tseba hore e ne e ba li-star li be li fetela ka ‘nqane, ‘me haeba re se ntse re qala ka eona noto ena e tjena empa re ile ra etsoa advice hore Mohlomphehi o tla etsa Polelo. Re lula mona ka hora ea leshome ha e fetile ka metsotso e mashome a mararo. This is unbecoming hore joale ha u tlameha ho etsa set agenda ea letsatsi u rarahane nako e telele haholo Ntate Vice-President, u fumana note u ema u sa tsebe hore na u fetela pele. Ka lebaka feela la Mohlomphehi ea sieo joale u sa tsebe hore na u mo etsa accommodate joang. Ke bona taba ena e re bakela bolutu Ntate.

MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha Dr. Lebese. Ntlha ea hau ea Tsamaiso e ea utloahala. Hantle-ntle ho lobakana hoa rona ho bakoa ke bosieo ba Letona la Temo hobane joale lintlha tse lelekellang agenda kapa Order Paper ea rona ea letsatsi lena li ne li ts’oanela hore li qaloe ke eena. Ke taba ea Polelo ena ea mafu a mabeli, Lefu la Tlhako le Molomo joalo ka ha ke hlalositse le taba ena ea lefu la Hlooana la lipere. Ho ne ho ts’oanela ho qala eena.

Joale ha a ba sieo e ea re lobokanya hobane re ts’oanela hore re fete re fetele ntlheng ea bobeli. Ntlha ea bobeli ke Lipotso ‘me Lipotsong mona ha re qala re tloha Potso ea pele e qala ka eena Letona lona leno la Temo. Joale le boetse ha le eo. Ehlile u’a bolela hore joale e ea re lobokanya, empa ha re ke re mo fe monyetla, (Interrupted on Point of Order).

E re ke qetele ena, Mohlomphehi.

U bua ‘nete hase taba e ntle haeba ho tloha Lekaleng la Health esale re ntse re na le Lipotso tse ntseng li hulana, li bokella Li-star li sa arajoe, ke lumellana le uena hore ha se tsela e ntle ea ho qala ka mona kapa Lekaleng le lecha ho Mohlomphehi.

Taba ena re tla e buisana le Letona, ebile ha re na e buisana le lona feela, re tla boetse re e buisane le The Leader of The House, eleng Mohlomphehi Matjato Moteane eo eleng ho re as a Leader of The House, ke eena ea re thusang ka litaba tsa Government Business ka mona. Ke eena ea etellang pele Government Business ka mona.

Re tla boetse re tla bua hape ka ntle le hore ke rona re le Boeta-pele ba Senate, re tla bua le eena ‘moho le Government-Whip. Government-Whip ke Honorable Richard Ramoeletsi, ke eena ea tšoanelang hore a bone hore Bahlomphehi Matona ba ba teng ka mona, ho tla etsa mosebetsi oa bona o tšoanelang ho etsoa ka koano ka Ntlong.

Ke ne ke re Ntlha eo ea hau ea Tsamaiso, we have noted it Mohlomphehi. ‘Me re tla bua le Letona le Khabane. Re tla bua le Li-structure tseno hape tse tšoanelang ho re thusa hore taba ea tsamaiso ka Ntlong ka koano e otlollohe, re seke ra khiripana hobane Mohlomphehi Letona ea tšoanelang hore a re fe litaba joale a le sieo, joale re ntse re leka hore re cheche re tsebe ho mo etsa accommodate.

It is not even good hore re ‘ne re fetole Order Paper kapa sequence ea eona simply to accommodate Mohlomphehi Letona le sieo, ha e hantle tana eno. It goes beyond our control.

Ntlha ea Tsamaiso Morena ua ka oa Lioli.

HON. SENTOR S. G. MASUPHA: Kea leboha, Mohlomphehi.

Ke u hlomphe, ke hlomphe Tafole ea hau, ke hlomphe Letona la ka le teng ka hare ho rona.

Ntlha ea Tsamaiso eo ke emang ka eona ke hore na Mohlomphehi ha ele mona ho bonahala ekare Ntlo ea rona e batla e se na botsitso ba hore re ka sebetsa, na ebe e ke ke ea ba bohlokoa hore Ntlo e ke e ikeletse, ele hore re tle re tsebe ho bona hantle? Ke hore e tle e re ha re bona hore ehlile Letona lena la rona ehlile lea hana ho tla arabela Lipotso ka mona, re ke re mo fe monyetla, Ntlo e ke e phomole metsotsonyana e leshome feela, re tle re bone hore na ebe e feela e le ‘nete, o oa tla kapa ebe ho na le lintho tse ling tse etsahalang.

Ke hlokometse hore ka mona ka tseleng ke ‘nete likoloi tsa Bahlomphehi li phunyelletsa feela. Fela ke ithutile hore traffic e teng ka ’nete e batla e re tsamaisa habohloko, Mohlomphehi. Ke eona Ntlha ea ka ea Tsamaiso eo ke hlahang ka eona.

Kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha Morena ua ka oa Lioli.

Litaba tsa hau tsa traffic e boima kea li utloa, Mohlomphehi. ‘Nete e salang ke hore hantle-ntle, re ntse re itšarollotse ho feta ka mokhoa oo re tšoanetseng ho itšarolla kateng re le Boeta-pele ba Ntlo koano.

Order Paper e teng, ‘me re ne re tšoanela hore itšetlehe ka Order Paper ele joalo feela. Mohlomphehi Letona le Khabane o oa tseba hore o tšoanetse hore ebe o koano ho tla etsa Polelo le ho tla arabela Lipotso. Ka’nete ena ea hore re phomotse Ntlo metsotso e leshome, ke kopa hore ke seke ka e amohela hobane re na le Letona le Khabane le teng ho tla araba Lipotso. Re tšoanela re mo fe nako a arabele Lipotso tseo a tl’o tla a li arabela koano. Ebile kea hlokomela hore o tlile le Bohlanka haeba kea nepa. A arabele Lipotso tseo a tšoanelang hore a li arabele, a tsebe ho ea shebana le Business ea hae hobane o na le Business e ‘ngoe ka ntle ho e ka mona.

So we cannot wait for the Minister who is not here, feela joale a tseba hore o tšoanetse hore ebe o koano. We cannot do that, Mohlomphehi ka bomali-mabe.

Ke nka ho etsa joalo e tla be e le ho siteloa Honorable Mohlomi Moleko who is already here because ha re checha ka metsotso e leshome, it means hore we are not even recognizing his presence. E se eka re re le eena, a chechelle morao.

Ke itse re ntse re entse mohau hore ebe re ntse re chechisa, hantle re ne re tšoanela hore re fete joale Letona le Khabane, le tl’o tla le itlhalosa, empa re ne re mo fa monyetla ono haeba o tla ba teng.

Ka bokhutšoanyane, ‘na ke kopa hore re tsoele-pele. Mohlomphehi Mohlomi Moleko o teng ka koano ho tla araba Lipotso. Ke kopa le eena re mo fe tlhompho e mo lokelang. Ho chechisa ke utloa eka re tla be re sa mo fe tlhompho e mo lokelang hore e re a le teng ka mona, ebe rea checha, re emela Letona le sieo.

Na Point of Order tsee li tla fela tjee! Ha eka li ntse li ba ngata tjee? Point of Order Mohlomphehi, ua ka.

HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Point of Order ea ka nka e hula, feela ke lakatsa ke e behe Ntate e tle ebe on record.

Point of Order ea ka ke hore na in the event, eo a neng a sa tl’o ba teng, joale rona re sa etsa follow our Standing Order sa rona hore ha Potso e le teng e ea behoa, e cheche kapa ho uoe pele. Ke worried hore na rona re tla be re itšetlehile ka Standing Order sefe?

Ke hona moo ke emang teng. Ke Standing Order sefe se etsang hore qeto ena, eo re e entseng ea hore re ka checha hanyenyane, joale ebe mohlomong Letona le ne le sa tl’o fihla?

Ka lehlohonolo Letona le teng ka’nete. Rea bona ebile lea khanya le khantšitse Honorable Minister mane. Lea ‘mona o mosehla joang?

The point e ne e le hona mono hore ka ’nete ha re tsamaeng ka li-Standing Order. Leha re chechisa kapa re etsa joang, let us base ourselves on that, re e nke e le record ea rona.

Kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Taba ea Standing Orders e bohlokoa Honorable Senator Motsamai. E bohlokoa haholo hore re e etse empa re hlalositse, le Tafole e ile ea tla koano ea nts’ebela hore ka ’nete ha rea lokela hore re fete taba ena hobane Mohlomphehi Letona le Khabane o tseleng. Joale leha re sebetsa ka Standing Orders, e ke ke ea re ha motho a sa ntse a tl’o kena monyako, ebe re se re koralla feela re re, re mo etsa block hore a sitoe ho tla araba feela a re hlaloselitsoe hore o se a ntse a tl’o kena.

Ke ‘nete ho re re kena ka 10: 30 a.m. He should have known hore o tšoanetse hore a be koano prior to 10:30 a.m. U tla hopola hore ebile re ne re fetiselitse Potso ho mong’a eona Morena oa Ha-Maama, a se a bile a le mothating oa hore a e botse on behalf of Morena Peete, eaba re re a ka eme hanyenyane kamor’a hore ke fumane boeletsi bono.

Litho tse Khabane, ke kopa hore Mohlomphehi Letona le Khabane la Temo o se a le teng, ‘me ha a se a le teng tjena ke hlalositse hore tlhophiso e entsoeng ke hore a tl’o tla a re etsetsa Polelo ka taba ea Food and Mouth disease, le taba ena ea African Horse sickness. Ke kopa hore re mo fe monyetla hore a etse joalo. Eleng ho re re tsoelapele ka Order Paper ea rona (Interrupted on Point of Order).

Lintlha tsena tsa Tsamaiso ha re li fokotseng Litho tse Khabane.

Ak’u tsoelepele ka eona, e le ea ho qetela.

HON. SENATOR J. A. MOTS’OENE: Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Madam-President.

Ke u hlomphe, ebe ke hlomphe Tafole ea hau, ke hlomphe Litho tse Khabane.

Mohlomphehi ho na le taba ‘na eo ke e bonang esale ke kena hare ho Ntlo ena ea Paramente lilemo-lemo tsena, ha re tlameha hore re sebetse ho latela hore na Standing Orders li reng, ebe Setulo sona se batla re sebetse hore na sona se sheba litaba joang.

Ke bua tjena u qeta ho arabela Honorable Motsamai ka taba e ‘ngoe mona. U re, re hlomphe Honourable Minister feela re tsoe tlase Standing Orders tse re tsamaisang. Hana hosane ha re re Setulo se hlomphe kamoo, ka litaba tse ling tseo re bonang ekare ha se re hlomphe, joale re iphapanya, re re ha re tloheleng Standing Orders le re hlomphe? Ke cho tjena hobane re le Litho tsa Ntlo ebile re le Marena a Sehlooho, na Mohlomphehi u bona eka e tla be e le toka taba eo?

Ha ho betere re lateleng Li-Standing Order le rona, re tle re tsebe ho hlompha Setulo joale ka ha se lutse moo? Re latele hore na Standing Orders li re, re latele methati efe?

Ruri ke bona taba ena e baka bolutu, Mohlomphehi ‘me e tla lahlisa Litho tsela ea tšebetso kahar’a Ntlo ena. Moo etlare Setho ha se na le taba, se utloe ekare se tla re re behe Standing Orders koana, joale ka ha u ne u re re behe taba ea tsamaiso koana re hlomphe Honourable Minister hobane e le Honorable Minister.

Joale ke re Mohlomphehi, u tl’o re thuse re le Litho ka hare ho Ntlo ena, re sebetse ka hore na Melaoana ea Tsamaiso e reng kahar’a Ntlo, ese hobane re sheba motho litšobotsi.

Kea leboha, Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT: Ha ke tsebe hore na u bua ka eng Morena ua ka, ke hore ke lahlehile hona hoo. Ha ke tsebe hore na u bua ka eng hobane Morena oa Lioli o eme a re re eme 10 minutes, re emele Mohlomphehi Letona. Ka re re ke ke ra etsa joalo, re lokela ho hlompha Letona le teng ka mona le tsoelepele ka mosebetsi hobane le teng mona. Ho etsa joalo ke ho tlola Standing Orders?

Ha ke utloe hore na u bua ka eng Morena ua ka.

Mohlomphehi Letona le Khabane la Temo, u ka tsoela-pele ka Polelo, Mohlomphehi.

HON. S. MOCHOBOROANE (MINISTER AGRICULTURE, FOOD SECURITY AND NUTRITION): Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo, Bahlomphehi Litho tse Khabane tsa Ntlo ea Senate. Ka’nete ke lakatsa ka ho kopa tšoarelo hore ebe ke morao nakong. Ke hore ke ntho e thata ha u lekile hore o’a lokisa joale ho sa loka, joale u tla ka mosebetsi o sa lokang.

Ka ’nete ha ke motlotlo haholo ka Polelo ena eo ke batlang ho e etsa. Ha le ka bona maemong a mang, ke se ke sa e bale ke qoqa le lona, ke kopa le tle le ananele, ke tsela eo ke tla e sebetsa ka eona.

Ntho eo ke e thahasellang haholo feela hore e etsahale ke hore molaetsa ona o fete, empa ke lekile ho sheba ka bona ke sa thaba haholo ke tsela eo Polelo e lokisitsoeng ka eona. Che, leha ho le joalo ke tsoela-pele ka eona.

Statement:

Ke ema mona ho tsebisa Ntlo ena ka boemo ba lefu la Likhoholana le Molomo (Foot and Mouth Disease) le mehato e nkiloeng ke ‘Muso ho laola le ho fokotsa tšuts’umetso ea lona ho Moruo le Bophelo ba Basotho.

Lefu lena le bakoa ke kokoana-hloko e nyenyane haholo e ke keng ea bonoa ka mahlolo le tšoara liphoofolo tsohle tse nang le likhoholoana, ho kenyelletsa Likhomo, Linku, Lipoli le Likolobe. Ke lefu le tšoaetsanang ka potlako haholo, ka hona le hloka mehato e matla ea taolo.

Matšoao a lefu lena a kenyelletsa maqhanyatsa kapa liso ka hanong, molomong, lelemeng, maotong, metsoeleng ea liphoofolo le ho hlotsa…Ke lumellana le uena Morena ua ka, ke mokhoa ona ke itseng ha kea khotsofala haholo.

Ho lutla hoa mathe ka mokhoa o sa tloaelehang.

Ke elelloisa Ntlo hore Lesotho esale ha le e-s’o tlalehe Lefu lena la Likhoholoana le Molomo, ‘me le imona menoana ka ho rekisa lihlahisoa tse behoang ke liphoofolo mebarakeng ea Machaba, ebile le ile la hlohonolofatsoa ke Mokhatlo oa Lefatše oa Bophekuli ba Liphoofolo ka Selemo sa 2013.

Ke feela Selemong sena se holimo, ka khoeli ea Hlakola ha Lefu lena le Tlalehoa Lekhetlo la Pele Lesotho, seterekeng sa Qacha’s Nek le seterekeng sa Butha-Buthe. Ho fihlela hajoale Lefu lena le se le anetse litereke tse supileng eleng: Butha-Buthe, Leribe, Berea, Qacha’s Nek, Mokhotlong le Mohale’s Hoek.

Ho fihlela hajoale ke likhomo tse 184, linku tse ‘ne le lipoli tse tharo tse tiisitsoeng li e-na le tšoaetso ea kokoana-hloko ea Lefu lena la likhoholana le melomo. Likhomo tse tlalehiloeng li shoele, ke likhomo tse tšeletseng.

Lekala la Temo le ile la nka khato ea ho nyollela boemo bona boemong ba Koluoa, moo Mohlomphehi Tona-Kholo a ileng a phatlalatsa boemo bona ka la 31 Tlhakubele 2026. Ke hobane boemo bona, bo ne bo ama lekeno ka lihlahisoa tsa liphoofolo tse joalo ka boea, nama e khubelu, lebese le tse ling.

Kamor’a hore Lefu lena le qhome naheng ea Lesotho, linaha tse kang Africa-Borwa le China li ile tsa koala mebaraka ea tsona sebakeng sa liphoofolo tse nang le Likhoholoana le Molomo le lihlahisoa tsa tsona. Che, leha ho le joalo, kamor’a Lipuisano tse telele, Africa-Borwa e se e buletse lihlahisoa tse ling tsa Lesotho, haholo-holo ho tsamaiso le thekiso ea boea ba lipoli le linku.

Boea bo romelloa kamor’a hore bo fetisoe tlas’a mocheso o phahameng, ho bolaea kokoana-hloko. Lekala le ntse le thusa Bahoebi ka ho theha le ho ntlafatsa libaka tsa futhumatso, boea le ho fana ka mangolo a khoebo (Brokering Licenses).

Ka nako e tšoanang, ‘Muso o ntse o tsoela-pele ka Lipuisano le naha ea China hore e amohele lihlahisoa tsa boea, tsa Lesotho tlas’a maemo a WORLD ORGANIZATION FOR ANIMAL HEALTH [WOAH].  

 Ke lakatsa ho hlalosa hore naha ea China e leng hona moo bareki ba boea ba faralane ba leng hona teng. Ba ile ba ngolla ‘Muso oa Lesotho ka Lekala la Temo, ba fana ka lethathamo-hali la lipotso tseo ha li arabelehile hantle e leng tsona tse tla nolofalletsa naha ea Lesotho hore khoebisano lipakeng tsa eona le China li tsoele-pele.

Lekala la Temo kaha ho arabela lipotso tseno le ne le lokela hore le kopane, le khokhohanye puo le mafapha ‘ohle a amanang, haholo-holo a lihlahisoa tsa boea. Le ile la fela la e-ba le phutheho e joalo, mekhatlo ea boea le mafapha ‘ohle a mang a amehang ho sheba mokhoa oa ho arabela lipotso tseo.

Ke lokela ho hlalosa hore mosebetsi ono o ntse o tsoela-pele, o tla phetheloa ka Labohlano.  Ha o phethetsoe re tla romella lethathamo leno ho naha ea China e le ho fumana hore na ebe ha re fetisitse mokhahlelo ono, ho setseng e le ho nolofatsa khoebisano lipakeng sa naha ea Lesotho le China, kaha naha ea China e reka boea ba nku empa boea ba poli bona bo hlile bo rekisoa South Africa ka ho otloloha.

Taba eo re lumellanang ka eona, e ne e le tlhahiso li ne li le peli mono. E ne e le taba ea hore re sebelise mokhoa oa fumigation kapa heating system hore boea pele re bo isa Africa Boroa re be le moo bo ka bang kahar’a lionto tseo bo ka tsebang hore bo futhumatsoe kapa bo chesoe ho bolaea likokoana-hloko kapa bo etsoe fumigate Lesotho mona pele bo tsoela kantle, ‘me Lekala la Temo le mekhatlo ea lihoai ba ntse ba sebetsana le taba ena hore boea bo seng ntse bo le mabopong, Port Elizabeth bo tle bo qetelletse bo fumane bareki.

E le hape ho lokisetsa hore boea ba lipoli boo re se ntseng re le kahare ho mokuto oa lipoli re bile re itokisetsa ho tla kena kahar’a mokuto oa linku re tle re fihle mono e le hobane re fitile likhoqetsane tse teng lipakeng tsa linaha tsena tse tharo, naha ea Lesotho, China le Afrika Boroa e le ho nolofaletsa bahlahisi ba boea tabeng tsa khoebisano, ‘me kannete ke qetella ka hore taba ena ea lefu lena la litlhakoana, I mean Foot and Mouth Disease le re tlama re le sechaba sa Basotho ho ea lopolla sechaba sa ha bo-rona se phelang ka boea.

Ea pele re le Lekala re ile ra etsa kopo Lekhotleng la Matona moo re kopang Budget e re thuse hore re tsebe ho fetisa melaetsa ho sechaba, e le melaetsa e ngotsoeng, e le melaetsa eo re tlang ho e fetisa lipitsong, joale mono e le ka mafapha ‘ohle a sechaba ka boeta-pele ba oona, ‘me ha ke etsa Polelo ena ka mona ka Ntlong ena e se hlile e le ha ke etsa kopo e khethehileng ho baeta-pele ba sechaba, Marena a Sehlooho hore molaetsa ona re il’o o fitisa le lona ho marena, ho sechaba, ho barui ba Faralane le seiboko, ho barui ba likhomo le ba likolobe. Ho elelloa mehlape ea rona ka ho ba lemosa mats’oao ana ao ke seng ke le bolelletse ‘ona. Ke mokhahlelo oa pele ono o re reng ke oa sensitization hore sechaba se tsebe ka lefu lena la Foot and Mouth Disease. Ea bobeli Lekala la Temo le mothathing oo, le seng le batlile thepa le lebelletseng thepa e tlang ho kena kahar’a naha ka mona, e leng thepa e joalo ho tlo etsoa a massive screening, moo ho tla il’o hlahlojoa liphoofolo ho shejoe hore na ha ho na moo re e-s’o fumane litlaleho empa ho bonahala mats’oao ‘ona a le teng a lefu leo, ao re tlamehang hore re sebetsane le ‘ona.

Mokhahlelo oa boraro e tla ba hore joale re ee ho mass vaccination re il’o enta liphoofolo hore re le naha re qetelletse re etsa re-claim our status sa hore re re be naha eo ho thoeng e Food and Mouth Disease free. Joale taba ena ea ho ea enta liphoofolo haholo-holo literekeng tsena tseo ho seng ho na le lefu lena, le tseo lefu lena le leng sieo ho tsona, e le hore re qelletse re tsoa kahar’a maemo ana a lefu lena.

Ke ho bolela hore ho tla re hloka hore re il’o kopanya matsoho re le baeta-pele ba sechaba, re le bo-ramehlape ka mekhahlelo eohle ea rona.  Mokhoa o mong o khothaletsoang ke oa hore re ka boloka liphoofolo tsa rona re li arohantse le tse ling, to quarantine our animals empa rona Lesotho mona unlike in South Africa, Botswana le linaheng tse ling rona mehlape ea rona e ea alosoa, e le hore mokhoa oa ho thibela phetiso ea virus ena kahare ho mehlape ea rona e ka ba hore feela re thuse balisana ba rona hore re kenye thuto ea ho hore ba qobe ho kopanya mehlape.  Ko hore mehlape ha e sa kopanngoe u hlokometse mohlape ka tsela e nepahetseng ha ho na monyetla oa hore virus ena e ka fihla mohlapeng hafeela e sa kopane le mehlape e nang le Food and Mouth Disease. Ke ho bolela hore e ‘ngoe eo re lokeng ho e etsa joale ke ho laola motsamao oa liphoofolo, ho tloha sebakeng ho u oa sebakeng se seng, ke hore mehlape e phelang kahare ho setereke sa Mafeteng e felle kahar’a setereke seo, mehlape e phelang kahar’a setereke sa Mohale’s Hoek e felle hona teng. Le mokhoa ona oo re ntseng re o sebelisa oa hore mehlape e tla laeshoa ka literaka, ka li-van ho tla Maseru e tlo tla e rekisoa mona re tlameha hore joale re laole taba eno ea movement of animals from one place to another, ho thibela the spread of this disease.

 Leha ho le joalo re ntse re lokela hore teng re be le ho bulela monyetla sechaba sa ha bo-rona seo re tsebang hantle hore se phela ka liphoofolo hore Lekala la Temo maemong ana a teng le tsose mokhoa oa lifantisi.

MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha Mohlomphehi Letona le Khabane ka Polelo eo, ke u bone Morena oa ka oa Matelile. U nts’oarele oa tseba Mohlomphehi…

HON. SENATOR M. S. MOHOLOBELA (Ntlha ea Tsamaiso): Ke kopa kannete joalokaha Morena oa ka oa Leribe a ile a hlalosa mane, hei ho na le khatello eo ke sa e tsebeng ka mona! Ea hore kannete ha re fana ka Lintlha ea Tsamaiso ho na le hore Setulo se re hanye. Ke mo mametse Morena oa ka oa Leribe mono, ha ke na le Ntlha ea Tsamaiso e thata hakaalo hle Mohlomphehi oa ka, feela ehlile ke tokelo ea ka ho etsa joalo haeba ke fana ka Ntlha ea Tsamaiso.

Hele! Ntate Ntlha ea Tsamaiso eo ke neng ke fana ka eona ke ea hore Letona lena le ntseng le bua ba ile ‘ne ba mo luba ka hore ebe ba ntse ba mo beha bo-Health koana, ba mo beha bo kae hantle ke sehoai ‘me kannete Ntlha ea Tsamaiso eo ke emang ka eona ke utloa eka o sa ntsane a ts’oere hantle… che e se hobane e le motsoala oa ka empa ke ne ke re o ntsa ts’oere-ts’oere hantle ntate Vice, so ke Ntlha ea Tsamaiso eo ke emang ka eona ke re e mots’o moratuoa, Madam President ke kopa ts’oarelo ha ke bue hobane e le motsoala oa ka, o ntse a ts’oere hantle, re ntse re mo mametse empa ke re Ntlha ea Tsamaiso eo ke emang ka eona ekare mona re fuoe motho oa ‘nete, Kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa ka oa Matelile pele ke tlo tla ke etsa qeto holim’a Ntlha ena ea hau ea Tsamaiso eo ke sa e utloeng ruri ho etsahetse hore ebe ke bitsitse ntate Deputy Clerk ke ntse ke bua le eena mona, joale ha ke bona Mohlomphehi Letona a se a lula fatše ke nahana hore ke hobane a qetile, joale ha ke sheba ka nqena ke fumana hore u eme, ke ne ke sa utloa le hore  u eme ka Ntlha ea Tsamaiso feela ha ke utloe Ntlha ea Tsamaiso ea hau, ke utloa u ntse u mo thoholetsa hore o ntse a ts’oere hantle, ha ho na Ntlha ea Tsamaiso mono.

HON. SENATOR M. S. MOHOLOBELA: Ntlha ea Tsamaiso eo ke neng ke ema ka eona ke ne ke re o ntse a ts’oere hantle empa a bue le ka litaba tsa Matelile.

MR. VICE-PRESIDENT: Lula fats’e Morena oa ka ha ho na Ntlha ea Tsamaiso mono, ke ne ke nahana u se u qetile Mohlomphehi Letona kaha ke ne ke ntse ke qoqa le motho mona, ke kopa u tsoele-pele.

HON. MIN. S. MOCHOBOROANE: Ke qetella ka hore lefu lena le fumana Lekala la Bophelo le se na Budget ea ho arabela litaba tsena, empa leha ho le joalo re entse kopo ea hore re mpe re fumane thuso e potlakileng hobane this is an economic disease, e emisa moruo tsi! Sechaba sa Basotho se phela ka boea ba Faralane le Seiboko, ke ho bolela hore ha re ke ke ra tseba ho itlhopha ho beha lefu lena tlas’a taolo ebe re fumana status sa rona, ehlile e tla re tlisetsa qholotso e kholo haholo joale e kopana le hore re tobane le bothata ba ntoa ena e etsahalang Middle East koana, e etsang hore ebe ho nyoloha mafura, a ama ntho e ‘ngoe le engoe eo re e sebelisang. E ka tla ba tsietsi eo ke sa e tsebeng hore na e tla hlaloseha joang.

Ke tena ke bua taba ena hobane e re tlama hore re boele re be le libaka tseo ho hlabeloang ho tsona, e le mokhoa oa ho tlisa taolong ho feta hoa lefu lena, ‘me kannete ke qetella ka hore ke etse kopo e khethehileng haholo ho Litho tsa Ntlo ena ea Mahosana hore re le Lekala la Temo re kopa tlatsetso le thuso ea lona ka boeta-pele ba lona ho fetisa molaetsa, ho fetisa thuto ena le ho re thusa hore moo ho bonahalang re ntse re na le ho se laolehe hoa motsamao oa liphoofolo, ehlile re lokela ho ema ka maoto re le sechaba, re le boeta-pele hore ho be le ho laoleha hoa motsamao oa liphoofolo. 

Liphoofolo li felle sebakeng seo li phelang kahare ho sona ho fihlela re tlisitse boemo bona taolong, moo liphoofolo li tlamehang ho tsamaea ka mabaka a utloahalang e lokela hore ebe ngaka e teng seterekeng moo e faneng ka tumello kamor’a tlhahlobo hore ehlile liphoofolo tsena ha li tloha Thabana Morena li e ea Matsieng, ha li il’o ts’oaetsa liphoofolo tse phelang kahar’a tikoloho eo.  Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli kannete ke ho fela hoa Polelo ea ka, kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha Mohlomphehi Letona le Khabane ka Polelo ena eo u e entseng, ruri ke nka e le Polelo e bohlokoa haholo hobane ‘na ho na le nako eo ke neng ke se ntse ke ts’oenyehile e le ha ke utloa litaba mona liphatlalatsong le marang-rang hore, haholo ha u buile ka taba ea boea hobane litaba tse ling li ne li bua ka taba tsa boea hore boea ba Basotho ke bane bo se bo fasitse mabopong mane, joale lihoai li sitoa ho fumana chelete hobane ho se ntse ho thoe ke hobane ‘muso o s’o ntso o batla ho pheta ntho eane e ileng ea  etsahala, e ileng ea liea ‘muso ka nako ea ho feta, e ileng ea etsa hore lihoai li halefe haholo li be li etse mokoloko o ileng oa qetelletse o lihile ‘muso.

Joale ke thabile haholo ha u otlollotse litaba tsena.  Litho tse Khabane in terms of Standing Order No. 27(2) Litho tse Khabane li na le metsotso e 30 hore li botse Letona le Khabane lipotso tse hlokang tlhakiso.

HON. SENATOR. DR. T. LEBESE: Kea leboha hle Ntate Vice-President, re mpe re ananele Ntate, Polelo eo Mohlomphehi Letona le Khabane la Temo le Kanetso ea Lijo a qetang ho e etsa ‘me che re mpe re ananele le ho kopa ts’oarelo hoa hae ntate ka ho fihla late, re u ts’oaretse Ntate. Empa ka ‘nete ke ne ke re Ntate Vice President taba ena ‘na e tl’o kolla Litabeng tseo uena ullang ka tsona ka hare ho Ntlo ena. Honorable Minister ha a qala Litaba tsena admitted hore ka ‘nete o bona Polelo ena eo a e ts’oereng e sa ngoleha hantle. Ke utloile ebile ‘na a tsamaea betere ha a qoqa hona le ha bala seo se ngotsoeng. Ke hobane o ne a utloa hore ho na le lintlha tse lahlehang haholo, tse senang tatello ‘me ke bohlokoa hle Ntate Vice President hore ebe Director of Disease Control Services o lutse mona eseng Director of Marketing.

 He was so eloquent ha a bua ka litaba tsa marketing tsa fumigation ea boea. Pelaelo ea eba hore kea kholoa Ntate Director Marketing ehlile o ile a mo binela a mo hlalosetsa eona hantle. Where is Director of Disease Control Services boemong boo? This is a new Topic or rather this is not a new Topic Ntate Vice president. Taba ena  e qalile khajana haholo re se re lebelletse Mehato eseng e nkuoe. Ke mpa feela ke ne k ere Ntate Minister you will not even attempt to address this feela ke ne kere Ntate ke kholoa e tl’e re ha o kopana le bona bohlanka ba hao haholo ‘Me Director of Disease Control Services a tle a u thuse hle, Mohlomphehi Kotsing ena eseng re le ho eona.

Taba e kholo Ntate Vice President kea hore re se re hloka ho fihlela hoo re ho bitsoang herd immunity, ‘me ke palo e etsang 80% tabeng eane ea vaccination, that’s what we need. Honorable Minister, the Challenges that we have ke hore ha hona moo u il’o fumana ente. Baahisane ba ntse ba e fumana Argentina. Ba boetse maobane ba itse ba e fumane Turkey. E bonahala ehlile e fumaneha kathata haholo Ntate. ‘Me ha u ka hatella ho ena, eo u buileng ka eona ea vaccination to herd immunity ea 80%, re tla khona ho hata-hata kapelenyana ntate hore re fihlele sepheo seno sa hao.

E ‘ngoe Mohlomphehi Letona le Khabane through you Ntate Vice President, ke ena ea Lipalo-palo tse seng li le teng tsa Liphoofolo tsena tse bonahalang li se li amehile ke taba ena. Mohlomphehi le hona mona, ha ba kena hantle hle, Ntate mohlomong ke hore le ke le lule fats’e. Le ke le etse ntho eo re e bitsang stamping out priority. Ke hore a Cullling procedure. Those animals that are infected li tlamehile ho bolauoa Mohlomphehi ‘me hona le li-procedure tse tlamehileng ho lateloa ke boemo boo re iphumanang re le ka hare ho bona.

Ke taba e sensitive haholo. U se u ntse u tseba Mohlomphehi oa ka ‘me ke ne ke re le uena eo, ka tsela e ts’oanang ke ne ke kopa hore mohlomong Plan of Action, e be hore ha ba qeta ho shebisana, ho re le ke le qoqe Litaba tsena. Ha e le hantle eona u tle u ke u e shebe hore na ebe Stamping out Policy, eo re ka ra e kenyang ts’ebetsong eo, e se ntsee tl’o re bakela bolutu ha liphoofolo li tlameha hore li bolaoe. E ‘ngoe e kholo hape hape Mohlomphehi kea taba ea Surveillance or Traceability and Restrictions tsa movement.

 Ntate Vice President, ke ne ke nahanne Ntate Minister kaha o sa nts’a ngola fats’e, hase le hakakang lipotso empa e ne e le ho tiisa litaba tsa hae fela. They are not questions per say. But, e ne e mpa e le hore feela mohlomong a tl’a tle ka a Comprehensive Policy mohlomong a ikelelitse kaha joale o ile a etsa admit hore ehlile e ngolehile hamper. Empa ke ne ke re tabeng ea traceabilty le tabeng ea Li-Restriction Ntate Minister it has to be within 10Km radius.

Ke hore le ena ea Liphoofolo tse tlohang Thaba-Tseka, tse rekisoang mapatlelong a Maseru mona, e k’e be ea chabeloa ke letsatsi haeba re batla ho etsa maintain ntho ena, eo re batlang ho fihla ho eona Ntate Minister. Ke ne ke re Ntate kakaretso ea Litaba tsena feela mohlomong haoka oa e sheba bohlanka bole teng haholo ‘M’e Director of Disease Control Services, ba tla u eletsa haholo hore na k’eng eka etsuoang Litabeng tsena. Empa re boemong bo bobe haholo Mohlomphehi, o e hatelletse haholo ea boea, ‘me rea leboha.

Ena e ‘ngoe e akaretsang, ehlile re tsietsing haholo Ntate. Ke ne ke kopa hore ke lintlha feela Ntate Vice President. Hase le lipotso hakakang hobane li ka ba ngata haholo. Ke hore feela a tle a mpe a  li nke Ntate, ele hore ha  batla ka Strategy sa ho atamela taba ena, mohlomong ba tle ba li kenyellelitse.

Kea leboha.

HON.MINISTER S. MOCHOBOROANE: (MINISTER OF AGRICULTURE) Ka ‘nete ke leboha haholo, ke mpe ke qale ka ho kopa tsoarelo, Dr Ntia o se a ntse a tla ho tla tla jela phate. Ke  ka lebaka la hona ho lobokana hoa maemo ana. O ile a tlameha hore ho be le moo a fihlang a qala teng. E mpa ke ba tla Lipotso tsena tsa Honorable Dr Lebese ke li hlahe ka tlase. Ke rata ena e qetellang, ea the traceability of our animals. Ke hore hore na re tl’o li latelloa joang.

Ntho eo eleng qholotso, eo ke lokelang hore mohlomong ke thetse, hore boholo ba liphoofolo tsa rona, li ntse li e-s’o ka li ts’oauoa ka tatoo.

Mokhoa oo re ntseng re na le oona oa Mats’oao Liphoofolong tsa rona, ke bo-leripa le bo-lekeletsana le bo-monoana joalo joalo. And, mokhoa ono oa ho ts’oaea ha ele feela liphoofolo li sa ts’oauoa ka tatoo, ho thata hore ho etsoe tatello e batlang e nepahetse. Ke ho bolela hore re tlameha ho kopa ka mokhoa o matla, haholo Lekala la Home Affairs ho re ka Lefapha leno la bona, la ho Ngolisoa hoa Liphoofolo le ho li ts’oaea, hore li se ke tsa lahleha habobebe, ba jele phate hore ba hle ba qalelle, ba re ngolle ka sekhahla sa ho ts’oaea liphoofolo tsa rona ka tatoo.

The Stamping out Policy ho re na ha re se rena le liphoofolo tse 184, na liphoofolo tse tse 184 e ne e ke ke ea eba bohlale hore li bolaoe, e le ho thibela ho ata hoa Lefu lee? Qholotso ea stamping out ke hore FMD e re jele tsome.

 Joale ha u khothaletsa hore liphoofolo li bolaoe, u lokela u be u e-na le mokhoa oa compensation ho batho bano, bao u tl’a b’u entse Recommend hore liphoofolo tsa bona li bolaoe. ‘Me ke eona ntho e fihlang e tlisa Challenge ea hore na ke bolaea liphoofolo, then what next?

Ke eona ntho eo ebang qholotso. Ke mokhoa ona, re tlamehang ho ea ho mokhoa oona oa ho batla hore ho etsoe screening. Joale e lateloe ke vaccination. Empa u buile taba ea bohlokoa ea hore re kanna ra iphumana ehlile hore se re le ho strain sa virus, eo re hlileng re nang le eona Lesotho mona.

Ke hobane se re tlama hore ho be le vaccine ehlileng e arabelang mofuta oono oa strain. Re kanna ra tloha ra iphumana re sokola ho fumana vaccine eno. Mohlomong hore nka nako ho e fumana, ‘me ke lumellana le uena hore ehlile Baahaisane ba rona, ho ba nkile nako e telele hampe ho fihlela mona moo ba teng, ba ntse ba sebetsana le FMD.

Ehlile hoa sokolisa ho fumana le li-vaccine. Empa Bahlanka baheso ba nts’episitse hore ekare UK etlare thusa. ‘Me ke bona eka ekare ke eona ntho eka tsebang hore e re phunts’e Ntlo lesoba. Ache ke lekile Ntate Mookameli.

MR. VICE PRESIDENT: Ke ne ke re pele ke fa Morena oa ka, oa ha Maama Potso ho re atle a u botse Potso ‘M’e. O ne a nts’irile. Ke ne ke sa mo bona. Ke ne ke utloile feela hore lentsoe le teng. Ke ne ke re Mohlomphehi Letona le Khabane ke la ka.

Empa, eaba ka be ke se ke emisa Dr. Lesebe hore a se ke a ea botsa halelele haholo hobane Standing Order Number 27, hase lumelle hore a pharalle feela. Hee, ha ho ne ho nepahetse ke ne ke ts’oanetse e be ke mo tlohetse a hle, a be molele haholo hobane ke Setsebi sa litaba tsa Temo, ot la u thusa haholo.

Boeletsi ba ka, ke hore leha re tsoa ka mona, leha u le Office, umo bitse, le ke le il’o lula fats’e, le qoqe.  U tla tseba ho u thusa haholo. Ke ne ke ts’oanetse ebe ke mo tlohetse hore e be o nkile nako e telele. But, Standing Order number 27, ha se ntumelle ho etsa joalo, Morena oa ka oa Maama!

HON. S.M. MAAMA: Kea leboha Ntate Motlatsi oa Motsamaisi oa Ntlo ena. Kea kholoa Potso ea ka Ntate, ‘na ka ‘nete ke utloa eka Letona le Khabane o thatolohile ka tsona hantle. Hantle-ntle ke Potso e le ‘ngoe feela, ea fihlileng ho eona qetellong tjena.

Eleng ena ea taolo ea ho tloha sebakeng se seng hoa liphoofolo, ho ea ho se seng. Joale ebile eka mohato ke hore joale ha eba li ntse li ts’oaetsana ho ea pele, mohlomong ba ka khothaletsa hore liphoofolo tsa mofuta oo li bolaoe. Joale ke ne ke re, na boemong bona na o phatlalalitse taba ena na, e le tlokotsi kapa phatlalatso ea ‘Muso kapa ke taba feela ea hore re tla ikela ho ofisiri ea Lekala la Temo moo, e fihle e etse Lengolo la Maseru, ka liphoofolo?

Na ho entsoe phatlalatso ka molao hobane joale e tl’o etsa likhang hona mono, moo e qalang e fihla feela liphoofolo tsa batho se li bolauoa! Basotho rea tseba na re sebetsa le batho ba mofuta ofe. Potso ea ka, kea kholoa ke eona eno Ntate hore na Phatlalatso na e entsoe ea molao, hore Lefu ke lena la tlokotsi kapa la seoa se teng.

HON.MINISTER S. MOCHOBOROANE: Karabo ho Morena oa ka oa Sehloho oa Maama, ke hore Phatlalatso e entsoe ka molao tlas’a Molao o laolang Likoluoa. Ehlile e entsoe ke Mohlomphehi Tona-Kholo.

HON. SENATOR M. MOSHOESHOE: Kea leboha Ntate Vice President. Lipotso tsa ka li peli ho Mohlomphehi Letona le Khabane le ntse le bua hantle ka ‘nete. Potso ea ka ea Pele, ke hore rona ba ahisaneng le Maliboho ana a South Africa, re haufinyane haholo le bona. Joale Liphoofolo tsa rona, re ile ra ikeletsa ho kopanya masaka. Eaba rea ts’elisa ka lebaka la lekhulo, leo le ne le se le fokola, eaba rea beha koana bo-Zastron, bo-Wepener. Joale ha re hlaba, re hlaeloa ke mekhohlana, re ntse re li lata ka mono Mohlomphehi, re tl’o hlaba ka mona.

Joale ke utloile Statement sa hae. Ho anngoe taba ea hore pele re hlaba liphoofolo doctor e be teng. N gaka e tl’a ba teng, e tl’o hlahloba. Joale ke re na literekeng mane, ka ‘nete Lingaka tsena tsa liphoofolo ha li eo Mohlomphehi. Leha ekaba teng ekaba ‘ngoe.

Joale ho pharalletse haholo ebile ho se ho fihlile tlhokomelong ea rona hore Basotho ka mor’a Phatlalatso ena ea Mohlomphehi Tona-Kholo, ehlile ba tsietsing haholo. Ba se ba ntse ba botsa lipotso hore na joale ba etse joang hobane lebitla la khomo, ke molomo. B’a hana hore ba ke ke ba ja phoofolo, e neng e kula. Ke hobane ba re, ha e qala eba joalo feela, e ea hlajuoa. E be, ba e ja.

Ke ne ke re na rona bana ba liphoofolo li lulang South Africa, re etse joang Ntate ka tsona ha li se li phela ka mane? Ea bobeli ke hore na Lekala la Local Government le Lekala la Agric, na le buisane ho ts’ohla taba ee?

Mohlomphehi Letona ke paki. Oa tseba hore rona Marena, li-Office tsa rona mane re ngola liphoofolo mabeisi. Basotho ba ea tla, ba ntse ba tl’o li ngolisa liphoofolo. Ba nyallana, re ngola liphoofolo tse fetang li ea lenyalong, li tloha Seterekeng se seng li ea Seterekeng se seng. Rona re ntse re tsoela pele, re ntse re ngola. Marena a so sensitive.

O buile ka taba ea ho etsa sensitize sechaba. Ha ho so thoe letho ho Marena ka Lekala la rona la Local Government. Ha le s’o re letho, re ntse re itsoella pele joale kaha eka ha ho oa etsahala letho. Ke ka pele ha kae Lekala la hao le tla atamela li-Office tsa Marena a Sehlooho mohlomong ka Litulo tsena tsa bona tsa khoeli le khoeli, e le ho a etsa sensitize Marena hobane ruri ruri rona re ntse re itsoella pele re li ngola regardless, ea hore na Statement se entsoe ke Tona-Kholo kapa che. Kea leboha.

 HON.MINISTER S. MOCHOBOROANE: Kea leboha, ka ‘nete ke rata ho qala mona moo Honorable Senator a qetelletseng hona teng. Ke mona moo a botsang hore na Lekala la Temo le Lekala la Puso ea Libaka, na base ba ile ba kopanela taba ena. Makala ana a mabeli a se a ile a kopanela taba ena ka mokho ke tlalehetsoeng kateng. ‘Me ka ‘nete ke se ke hlile ke etsa kopo e khethehileng. Ha nka ka atleha ho ba le monyetla oa ho bona Lethathamo la likopano tse mona tsa Marena a Sehlooho le Marena.

Nka thabela hore ke hle ke il’o ba teng mono libakeng tseno le lingaka tsa heso, le li-team tsa haeso ele hore re il’o tsebisa Sechaba.

Ebile nkaba ka thabela hore Letsatsing leno Marena aka a Sehlooho a re le Sechaba lebo ranku-li-kae, bo-khomo-li-kae haeba le bona ba teng le balisana ba atamele, re hle re bue taba eno. Re etse tackle ka malebela hona mono.

Nka thaba haholo ha nka ka fumana monyetla ono. Ke lumellana le eena hore re na le palo e fokolang haholo ea lingaka literekeng mane. Ehlile ke ngaka ele ‘ngoe ‘me e ‘ngoe ea lintho tse fokolisang haholo Lekala la Temo tabeng ea bophekoli ke lipalo tse fokolang tsa lingaka.

Ke hore ke batla ho etsa mohlala fela ka mohlape oa linku, re na le mohlape oa linku o ka holimo ho limilone tse peli. ‘Me re iketsise, re re ha e ne ba ho lokela ho alafuoa mohlape o mokalo, ka lingaka tse leshome, ke hore ratio eno ea ngaka ho liphoofolo e re ha ho na ngaka, leha re kaba ra rata eka tsebang hore e alafe liphoofolo tse ngata hakalo. Ke bua ka linku feela. Ha ke bue ka lipoli, ha ke bue ka likhomo tse isang makholong a robeli kapa tse ka holimo ho makholo a robeli a likete (800000).

Ekare re mokhoa oa ho alafa feela o thata haholo, ho latela lipalo tsena tseo re nang le tsona. ‘Me ka ‘nete ehlile ke belaela hore re tla thusanang hore bana ba Basotho ba thahaselle ho sekamela bongakeng bona ba liphoofolo. Ba be ba fumane mosebetsi, joale ba tl’o tla ba re thusa ho alafa liphoofolo tsa rona hobane ha re ka ra nepa taba eno hantle, ke eona eka re thusang hore re be le mehlape eo e re phelisang, re bileng re ka ra tsebang hore re hoebe ka eona.

Ehlile ke lumellana le eena hore libakeng tse ngata, ho na le moo Basotho ba nang le mapolasi ka Afrika Boroa kapa ba nang le liphoofolo tse phelang ka Afrika Boroa. ’Me ehile joale Afrika Boroa e le bahaisane ba rona, boima bona re tenne re thulana le bona tjena, re bofumana ho tsoa ho bona. Maemo a re tlama hore re laole motsamao lipakeng tsa Naha tsena tse peli ka liphoofolo tsa rona. Ke hore ke belaela hore ha re ka ra ea ka sekhahla se seholo haholo, ho tla re nka likhoeli tse fokolang feela hore re be re beile Lefu lena tlas’a taolo.

Naha ea rona ha e kholo haholo. Ne ke re e ‘ngoe, eo ke enkang ele advantage ea rona, re le Naha ea Lesotho ke hore mehlape ea rona e ea alosoa. Ha re rae qheme feela. Mokhoa oa ho laola phetisetsano ea ts’oaetso ea kokoana-hloko ena e bobebe haholo. Ha re ka hla ra phahama ka sekhahla re le Lekala la Temo, re le Boeta-Pele ba sechaba ka mafapha ‘ohle, re tla atleha ho tlisa boemo bona taolong.

Dr. Lebese, ke Dr. Ntiea ke eo oa kena, ke eena ea emetseng Director Veterinary Services.  Ke utloa eka ke li otlile, Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo.

MR. VICE-PRESIDENT:  Kea leboha Mohlomphehi Letona le Khabane.  Ke bona eka lipotso mabapi le Polelo ena ea hau ha li sa le eo.  In that case, re tla fetela mokhahlelong o hlahlamang.

Next Item, Mr. Clerk.

ORAL ANSWERS TO QUESTIONS

112. TIMELY AND SUSTAINABLE PROVISION OF AGRICULTURAL INPUTS TO LOCAL FARMERS

HON. SENATOR M.S. MAAMA (ON BEHALF OF HON. SENATOR R.P.L. PEETE): Asked the Minister for Agriculture, Food Security and Nutrition to appraise this Honorable House on:

  • Key strategies in place for timely and sustainable provision of agricultural inputs to local farmers for 2026/2027 farming period;
  • The Ministry’s undertaking to prevent price gouging of fertilizers by suppliers to local farmers,
  • Commitment to address limited access to market for beans, maize, sorghum and others produced by Basotho farmers.

HON. S. MOCHOBOROANE:  Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo e Khabane, ke lakatsa hore ke arabele Potso ena, empa ke ne ke re ke mpe ke etse kaletsa pele ke kena ho eona e re’ng ha ho ka bonahala ho na le lintlafatso tseo re ka li etsang ka mor’a hore ke arabele Potso ena, ke tla kopa Litho tse Khabane tsa Ntlo ea Senate li tle li se ke be tsa nkuka ke le motho ea sa fanang ka litaba tseo e leng tsona tsa ‘nete, hobane ho na le lintlafatso tseo re batlang ho li etsa, haholo-holo tsa mokhoa oa ho fihlella menots’a le lipeo habobebe.  Ke tla arabela Potso ena ho boemo bo teng hona joale.

Lekala la Temo le ntse le nts’etsa pele leano la khahlametso ea lisebelisoa tsa Temo ho lihoai selemong sena sa, 2026/2027 ka theolelo ea mashome a supileng lekholong (70%) lipeong le lichefong tsa Temo, le mashome a robeli lekholong (80%) ho menonts’a ea Temo.

Lekala le itlhophile ho atametsa lipeo le menonts’a ka nako ho lihoai tse ikopantseng. Lekala le entse tlhopho ea hore lihoai li ikopanye metseng molemomg oa hore ba atametse lisebelisoa tseo ba lihlokang metseng ea bona.

Ka honalihoai li eletsoa ho ikopanya le Basupisi ba Temo ba hle ba lokise manane a nepahetseng, ho fokotsa ts’ubuhlellano.

Mokhahlelo oa bobeli oa Potso; – Lekala le tla reka menonts’a ‘me e rekisetsoe lihoai ka theolelo ea mashome a robeli lekholong (80%), e le ho li khahlametsa khahlanong le litheko tse ntseng li phahama ‘marakeng. Lekala ha le na taolo ea litheko tsa menonts’a e fumanehang ‘marakeng e ikemetseng.

Mokhahlelo oa boraro oa Potso; – Lekala le tataisa lihoai ka thupelo le ho ba hlahlella ka maqiti a theko le thekiso tsamaisong ea temo, khoebo le ho kena ‘marakeng ka nako, le hore ba etse liqeto tse nepahetseng tlhahisong e le ho arabela hore na ba hlahisa eng ka nako efe, ba hlahisetsa mang ka lipalo tse kae le ka boleng bofe.

Hape Lekala le khothaletsa boikopanyo ba lihoai thekong ea lisebelisoa le ho bokella tlhahiso ea bona ‘moho. Ba be ntsoe leng hore ba atlehe ho fepela ‘maraka le ho hlophisa lithala tse fapakaneng moo lihoai li kopanang le bareki ka sepheo sa ho bopa maqhama a thekisetsano le ho khothaletsa tumellano e ngotsoeng ea tlhahiso le thekisetsano ka mahlakore bobeli.

Re na le setoro se Ha Foso sa boholo ba 17 matric tones. Se arotsoe ha beli moo se ka etsang 2,500mt e pakiloeng (packaged grain) le 14,500 mt e sa pakoang (loose grain).

Lesotho Flour Mills re na le sesiu se ka bolokang lijo tse hlahisitsoeng ke lihoai tsa Basotho.

Ke qetile, Ntate Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo e Khabane.

HON. SENATOR R.P.L. PEETE:  Mohlomphehi, ke kopa ho hlompha uena le Tafole ea hau, ke hlomphe Matona a Khabane le Litho tse Khabane tsa Ntlo. 

Potso ea ka e nyanyeletsang_Letona le arabile hantle, empa ho na le moo ke sa utloang hore na Letona le itse’ng ho ena ea (iii).  Potso e ne e re na ho na le market o entsoeng secured ke Lekala molemong oa hore lihoai e se ke eare ha li qeta ho hlahisa, joaloka ha e le khothaletso e matla ea Lekala hore lihoai li hlahise, re se ke ra ‘na ra re, mphe-mphe, ebe ha li qeta ho etsa joalo, re boloka feela ka lisiung tseo tsa rona, ebe ts’upa ke eona e tl’o ja tlhahiso eno ea rona na?

Lebaka ke hobane nkile ka kopana le motho e mong oa mohoebi, ea nang le khoebo e bitsoang Tasty, o reka linaoa le lierekisi, joale motho enoa a mpolella hore ekare ha ba ee hantle-ntle le Lekala, ekare lekhetlong lena ha a ntse a reka ho lihoai ho na le hiccup eo ke sa tsebeng hore na e bakoa ke’ng, joale eka h’a sa tlo reka.

Joale ke re na rona re le Lekala ha ho na market o hlileng o leng stable oo re o tsebang, oo re o entseng secure sebakeng sa lihoai na?

Ke utloile eka Letona ha le arabela le re, tabeng ea pricing e se e tla ba ntho e tla iketsetsoa ke sehoai le moreki.  Bothata boo re eeng re bo fumane – lihoai tse ntseng li its’okola, ha ke etsa mohlala, ha u ea mane ho Raselakha u e’o rekisa khomo ea hau, o e sheba ka mahlo feela Raselakha hobane o ntse a bona hore u lapile, bana ba lokela ho ea sekolong, ha u na hore na u tla nka eng, u tsietsing ea hae.  Ke ho re leha e-ba khomo ena ea hau e ka rekisoa ka boleng ba M20,000, kaha oa bona hore u tsietsing, a ka u joetsa hore u e nka ka M6,000, ha u na moo u tla balehela teng hobane u tsietsing.

Ntho eo ke neng ke batla ho e utloa ke ho re na ho na le ts’ireletso e tsoang Lekaleng – ha re qeta ho hlahisa re tsebe hore batho baa ha ba nke lijo tsa rona mahala?  Na hoa nepahala hore e re ha re ntse re rekisa kg M30, e re neng-neng har’a nako, ebe moreki o se a batla ho e nka ka M8 kapa M12!  Lekala ha ho na ts’ireletso eo le ka e etsang kapa ha ho na moo le amehang ho re thusa re le lihoai na? 

Kea ts’epa Letona le Khabane le nkutloile hantle, hobane ke bile ke bona le ntse le oma ka hlooho!

HON. S. MOCHOBOROANE:  Ka ‘nete ke leboha haholo ka Lipotso tsena tse nyanyeletsang tsa Setho se Khabane Morena oa Mats’ekha.  Ha ke etsa selelekela se arabelang Potso ena ke itse tse ling tsa lintho tsona, leha nka li arabela ka tsela eo li ngotsoeng ka eona hona joale, ho ntse ho na le moo ke ntse ke sheba le ba haeso hore re ke re ntlafatse. 

Ke utloa eka potso ena e nyanyeletsang ke e ‘ngoe ea tse nthusang haholo, hobane sehoai se tlameha ho ea masimong se tseba hantle hore na lijo tseno ha se qeta ho li hlahisa li ea hokae.  Ke ho re eno ea ‘maraka e bohlokoa haholo.

Ke ‘nete ba arabetse Bahlanka mona hore na the secured market ho fihlela hona joale ke ofe.  Ba ne ba ngotse joaloka lingaka, eaba ke re ba ‘ngolle hantle.  (Mohlomphehi, ke kopa ho etsa consult Bohlanka ba Lekala).

Mohlomphehi, mothusi oa ka o ile a botsa hore na ho ngotsoe’ng mona, joale ka mor’a ho sokola, che! Re lumellana hore na e ka ’na eaba ho ngotsoe’ng mona.  Kea araba joale!

Ke tlaleheloa hore taba ea bothata bo neng bo le teng lipakeng tsa Lekala le Tasty e rarollotsoe.  Joale ke tlaleheloa hape hore ‘maraka o mong ke LHDA o secured, DMA, Lesotho Flour Mills, le tse ling tse ngotsoeng ka mokhoa o thata mona.  Ke itse ka re ke botsa oa-mphato oa ka mona.  Joale eena ka lehlohonolo o tseba o ikatisa.  O itse ka re oa li khoesa hore a shebe, ache! Ha a bone letho, Morena oa ka.

Ka bokhuts’oanyane, ehlile ho na le nako eo ke tla khutla…

HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE:  Ntlha ea Tsamaiso, Mohlomphehi.  Mohlomphehi, leha ke ema mona ka Ntlha ea Tsamaiso, Letona le Khabane lona le ntse le ts’oere hantle, empa kea kholoa koantsanyaneng ena eo Bohlanka bo ntse bo mo fa eona, re ka hloka hore e etsoe more and clear elaboration over litaba tsena tsa potso ea Morena oa Mats’ekha, haholo hobane ha re bua ka ena ea limmaraka eo Morena oa ka a buileng ka eona ha a etsa mohlala ka Tasty, ke hobane e le sebaka seo re re’ng ke ‘maraka o moholo oa lihoai tsa ka Bochabela, ho tloha Mokhotlong ho ea fihla Teya-Teyaneng, hanyenyane le Maseru, Mohlomphehi.

Ke kopa hore Bohlanka bo fe Letona ntlha e hlakileng, e tle e re ha re khutla re tle re khutlele ho lihoai ka likarabo tse hlakileng.

MR. VICE-PRESIDENT:  Morena oa Linare, Letona le Khabane ehlile le hona ntlheng eno, le ntse le leka ho etsa elaborate on that point.  Ke mpa ke hlokomela hore ekanna eaba mongolo ono o mono oa mo tsietsa, e ne e ka ho ka ngoloa hantle hore Letona le tsebe ho bona, le tsebe ho etsa elaborate ka thello.  Ke bona eka Letona ha le e-s’o tloaele mongolo ono o mono, feela ke bona eka le ne le ntse le le mothating oa hore le etse that necessary elaboration.

Letona le Khabane, Tafole ea haeso e nkeletsa hore mono moo u tsielehileng, ehlile u ka ea ho Bohlanka ba Lekala ba u thuse u tsebe ho araba u na le lintlha tse hlakileng e le hore u tsebe ho araba ka thello.

HON. S. MOCHOBOROANE:  Mohlomphehi, ke tlaleheloa hore mona moo ke sa boneng ho ngotsoe Grain Packers.  Ua utloa na ke lentsoe le bobebe ha kaakang leo, feela ke ne ke sa le bone ho hang.  Ea bobeli ke Bean Packers

Ke boetse ke tlaleheloa hore ntle le Lesotho Flour Mills moo re rekisang grain teng, ho boetse ho na le maloala a mang joaloka haeso Mafeteng koana la Buti Farm Feeds, ba etsa package phofo.  Joale ke tlaleheloa hore le ka Leribe ka mane ho na le maloala a joalo.  Ke bile ke tlaleheloa hape hore mona moo e leng Bean Packers, ho kenyeletsoa Moratuoa le ba bang.

Mohlomphehi, nka lakatsa ho supa hore ke na le thahasello kapa nka lakatsa hore ke tle ke kope ho re ke tle khutle, nke ke tl’o bua ka tlhahiso, ka li-commodity ka ho fapakana hoa tsona – tlhahiso le hore na re ja hakae, le hore na re etsa import hakae.

Re le Lekala la Temo re kopa re ke re be le target, ‘moho le sechaba sa Basotho, hore haeba cabbage re hlahisa karolo e itseng, re ja karolo e kana, re kenya e hlahang naheng e ‘ngoe ka karolo e kana.  Re ka lakatsa ho nyolla production, re etse target ho fihlela ho karolo e kana. Ke ho re ho ke ho be le li-commodity tseo re ka ikotlang sefuba ka tsona re le Basotho re re; ho na le nako eo re neng re etsa import cabbage kapa nama ea khoho kapa poone kapa koro, re ke re re ha ho na leha e se e le ‘ngoe kapa tse peli tseo re ka ikotlang sefuba ka tsona ra re re fihlile moo re seng re etsa import just a small portion.

Ntho ena e ka etsahala ha feela re na le moralo kapa target joale re il’o tsetela tsebong, ho batho bao re reng ba il’o hlahisa, ba tseba hore na ba hlahise ho kae. Ntho eno ka boeona ba eona, motho ha a tseba hore ke il’o hlahisa eng.

HON. SENATOR S.K. MASUPHA: Kea leboha, Mr. Vice-President. Ke utloa eka, Letona la ka le ntse le tsamaea hantle ‘me ha le ntse le tsamaea hantle, ke mpa ke re feela na e ne e ke ke ea e-ba bohlokoa hore Letona la ka, joalokaha le qala ho fihla kahar’a Lekala lena ‘me ke utloa le fihla e ka ekare lea le rata.

Morena oa ka oa Mathula, o boletse hore u sehoai, Mohlomphehi,’me ke ne ke re litaba tsena tseo u ntseng u re fa tsona ke utloa li le bohlokoa haholo.

Ka uena, Mr. Vice-President, na ebe e ne e ke ke ea e-ba bohlokoa hore – ke ‘nete o re file tsona litaba tsena kapa o ntse a tsoela-pele ho re fa tsona. ‘Na ke ne ke bona e le bohlale hore a se ke a etsisa mane moo a neng a le hona teng, Lekaleng la Bophelo, moo a qetelletseng ka ‘nete re sa tsebe hore na Lipotso tsa rona li felletse ho kae, a sa re ts’epahalla.

Ha a se a le mona, a ka khutlele morao. A ke a il’o hlophisa litaba tsena tsa litsi tsena tseo a buang ka tsona e le hore a tle a tsebe ho re etsetsa Polelo hobane ka ‘nete ntlha ena eo Mohlomphehi mong’a Potso, a e entseng e bohlokoa haholo.

E ne e ka re taba ena ha e le mona a sa e hlakisa ka mokhoa o felletseng, e le hona a ntseng a e khomelletsa hona joale, a tle a boele a khutle a tl’o re fa eona ka mokhoa o felletseng.

Na ebe, Mohlomphehi, e ne e ke ke ea ba ho re etsetsa toka hobane litaba tsena ke litaba tsa sechaba, ha se litaba tsa rona. Ha re li nka re li isa sechabeng re lokela hore re il’o fa sechaba sa rona ho na le tokomane eo re ntseng re e bala, na, Mohlomphehi?

MR. VICE-PRESIDENT: Ha u eme ka Ntlha ea Tsamaiso, Morena oa ka oa Lioli, e ntlama hore joale ke eme ke arabe eno eo u emeng ka eona e le Ntlha ea Tsamaiso.

Ntlha ena ea hau ea Tsamaiso eo u emeng ka eona ke utloa e ka ekare u pheta litaba tseo Letona le Khabane a ntseng a bua ka tona, hobane ke utloile e ka ekare o mothating oo a reng o tlameha hore a khutle a tlo tla a bua ka taba ea tlhahiso kahare ho naha ka mona. A bue ka taba ea li-export hore na tlhahisong ea rona na re export ha kae, na re import ha kae.

Ke ne ke bile ke itse ke tlo tla ke re ho eena ha a qetile, joalokaha a kile a etsa ha e le, Letona la Small Businesses. O kile a ba Letona la Likhoebo tse Nyane. O kile a etsa ntho eno ea hore a re tlele ka lipalo-palo hore na re bonahala re sebelisa chelete e kae. E ne e nts’ositse haholo ‘na ha ke bona hore re nts’a li-million, re na le erosion of money. Re e isa Afrika Boroa re il’o reka lijo tse tala. Joale re boetse re – ke hore e-e – Ke ne ke tlo tla ke re a ke a etse ntho eno a ke a e phete. A se ka ba tlisa statistics tseno feela, a ba tlise le lipalo re tlo tla re bona hore na ke chelete e kae eo re fanang ka eona ka ntle ho naha ha re ntse re etsa import lijo re sa hlahisi ho lekana. E leng hore o ne a se ntse a le tabeng eona ena.

Tsoela-pele, Letona le Khabane.

HON. SENATOR S.K. MASUPHA: Follow up, Mohlomphehi. Ke utloa u nkhanya. Ke kopa ho qetela taba ena ea ka ea Ntlha ea Tsamaiso.

MR. VICE-PRESIDENT: Ha ke u hanye, Morena oa ka, hobane u re a khutle joale ke re ke utloa eka o se a ntse a cho joalo ‘me ke ne ke tlo tla ke tlatsetsa hore a be a se a etsa tlatsetso ka tsela ea mofuta ofeng.

HON. SENATOR S.K. MASUPHA: Ke kopa ke eme. Nke ke tsebe ho hlalosa…

MR. VICE-PRESIDENT: Empa ke ntse ke eme, Morena oa ka.

HON. SENATOR S.K. MASUPHA: …ka tumello ea hau, Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT: Ae, ke kopa… e…

(LAUGHTER)

MR. VICE-PRESIDENT: Ke ne ke re Letona le Khabane, o re litaba tsona tseno, o ne a se a ntse a le mothating oa ho hlalosa hore litaba tsona tseo u reng a khutle a il’o li etsa ehlile o chulo joalo, o re o tlo khutla a se a khutla ka litaba tsena, tse tlo tla li amana le litaba tsa tlhahiso le litaba tsa importation, exports joalo-joalo. O chulo joalo.

O! Se ke oa ints’a monate hee, Mohlomphehi Letona le Khabane, tsoela-pele.

HON. S. MOCHOBOROANE: Ka ‘nete ke lebohile, ke utloile, Morena oa ka oa Lioli, hantle ebile ha ke sa li nts’a monate hona mona.

Ke tla tla hape ke tlo araba taba eno hantle haholo.

HON. SENATOR S.B. SEEISO: Ntate Vice-President, ka uena, Ntate, ke kopa ho botsa, Letona le Khabane, hore na ha a bone eka ke bohlokoa ha a chechela morao hore a tle a khutle a se a polechile likoti mona moo le eena mohlomong a hlokomelang hore likotjana li teng.

One of the strategies that he can deploy going forward joalokaha Potso e ‘ngoe e ile ea hlaha mona hore na ena ea Foot and Mouth Disease e se e phatlalletse hakae. Na ha a bone eka ke bohlokoa hore liofisi tsena tsa Puso a se ke ea li ts’abella ka Bahlanka hore khafetsa ho kopanoe and sensitize and information dissemination ho sebelisoe the already existing channels of communication. Not only communication but frequent encountering with Borena le lihoai at their facilities tsa Marena a Sehlooho so that litaba tsena tse ntseng li etsahala ka nako e ‘ngoe mohlomong ha ho qaloa selemo sena sa temo, ebang ke temo ea Mariha kapa ea Hlabula e-be li-projection li se ntse li ba teng within the offices of Marena hore a etse disseminate to the lowest country of farmer.

You already have a facility. You already have a channel. Na Ntate, ha a bone eka ekaba bohlokoa hore office ena ea Borena e sebelisoe ho etsa hore e meng ea mesebetsi ea hae li nolofale hore Potso e ka reng ea Morena oa Mats’ekha, e khone ho arabeleha. Ha sehoai se fihla Mats’ekheng mane, a ba sa ntsa na le information e hlakileng, e totobetseng hore na ho tla ba joang, projecting forward. Na ha a bone e ka ekaba bohlokoa ba tse ling tsa li-strategy tseo a ka li sebelisang going forward?

HON. S. MOCHOBOROANE: Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo.

Ka ‘nete ke ile ka ba lehlohonolo la hore ka 2012 ke ile ka sebetsa moo ke ileng ka atleha hore ke sebetse ka ho otloloha le liofisi tsa Marena a Sehlooho, ka ba ka fihla ofising ea Morena e mong le e mong oa Sehlooho Lesotho mona.

Ka bona matla a ho fetisa melaetsa ka liofisi tseno. Leferehong leo ke faneng ka lona mona ha ke qala ke ntse ke etsa Polelo ea ka, ke hlile ke itse ke hlile ke kopa ho sebetsa le Marena a Sehlooho. Ke hobane ke tseba matla a ho sebetsa le liofisi tseno.

Kea leboha, Mohlomphehi Motsamaisi oa Ntlo ea Mahosana.

MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa ka oa Linare, ke ne ke ratile hore, Mohlomphehi Letona – Hoja u ile oa bo so u qetela hobane o itse u khutle le Morena oa Lioli o itse u khutle hoja u ile oa hla oa e tiisa hobane Morena oa ka oa Matsieng, o qalile ka hore u khutle. Hoja u qalile pele ka hore ae, ehlile u oa khutla.

HON. SENATOR J.A. MOTS’OENE: Kea leboha, Mohlomphehi, hle. Ke nyanyeletso holim’a litaba tseo, Litho tse Khabane, li seng li buile ka tsona ebile kea rata, Mohlomphehi Letona la Temo, a re o ile a fihla liofising tsa Marena a Sehlooho, e mong le e mong. Ke hopola litaba tseno tsa hae tseo ke neng ke itse nyanyeletsong ena ea ka ke tla bua ka eona, ke moetsetsa mohlala.

Mohlomphehi, ho na le taba eo Ntlo ena e Khabane e eeng e bue ka eona, ena ea kopanelo ea lits’ebeletso (mainstreaming of Ministries).

‘Na ke bona eka ba hantle, Honourable Minister, Mohlomphehi ka uena, ha e ka re litabeng tsena tseo a ntseng a li bua, tse matla tsa hore o kopa a tle a sebetse ka sebopeho seo a kileng a ‘na a sebetsa ka sona, a tla ba sa hokela le Makala a ka reng a Bophelo hobane ke utloa e ka a ea ameha hona litabeng tsena tsa mafu a temo e le hore a etse sensitize sechaba hore ba bone kotsi e ka bang teng haeba ts’ebeliso ea liphoofolo tse joalo, e ka ba li shoele ka mafu a mofuta ono.

Ke ne ke re feela ke nyanyelletsa ka hore, Mohlomphehi Letona la Temo, ha a entse nyenyeletso eno, ke ee ke hopole ha re ne re sebetsa taba e ‘ngoe Millennium Challenge le- empa ha ke sure joale hore na e ntse e le Principal Secretary ea Local Government, feela o ne a le mono moo ho neng ho thoe ke Pitsong. 

Ke hore taba eno re ne re e nepe hobane re ne be ra kena tlase-tlase ho Mosotho mane, a le Makala oohle a amehang kahar’a setereke, le liofisi tse amehang ka bohlanka ba tsona.

Ke ne ke re Honourable Minister, a mpa a shebe taba eno ha a khutlela morao ea ho etsa mainstream taba ea Makala a mang a amehang.

Kea leboha, Mohlomphehi.

MR. VICE-PRESIDENT: Morena oa ka oa Linare, ke utloa eka u khutletse on the Statement seo a se entseng athe re ne se re le tabeng ea distribution ea lipeo le menonts’a.

HON. SENATOR M.M. MOSHOESHOE: Ntlha ea Tsamaiso eo ke emang ka eona, Mohlomphehi, ha se le hore ho fositsoe Tsamaiso.

Ke ne ke re, ke na le ngongoreho, Ntate Vice-President. Mofumahali ’Mamolapo Majara le ‘Maphakiso haesale ba fihla hoseng mona ba lula pel’a “Body guard” ea, Madam President, mane. Ha rea ba lebella hore ho tloha hoseng haesale ba lula mono.

Ke kopa hore ba kene ka Litulong tsa bona, re lebelletse hore ba contribute in this debate. Ak’u ba tlose mono, Mohlomphehi.

Kea leboha.

MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Honourable Senator Moshoeshoe. Ho na le lintho tseo ba ntseng ba li lokisa. Kea ts’epa hore Marena ka hang ha ba qetile ho lokisa lintho tseo ba ntseng ba li hlopha mono ba tla ea Litulong tsa bona joaloka kamehla.

Kea tseba hore ha ba ke be ba lule mono ‘me mabaka a tlameha a le teng a etsang hore e be ba lutse mono. Ha ba qetile ba tla tla.

Honourable Minister, u n’o le mothating oa ho comment holim’a litaba tsa, Morena oa ka oa Linare, leha ke ne ke utloile e ka o khutletse morao.

U ka tsoela-pele, Ntate.

HON. S. MOCHOBOROANE: Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo ea Mahosana, ke ne ke re u ile oa qala ka litaba tsane tseo u neng u re ke li ananele tsa Morena oa ka oa Lioli, Morena oa ka oa Matsieng le Morena oa ka oa Leribe.

Ke ne ke re Mohlomphehi, mantsoe ano a hau kaofela ke ea a aka, ke ea a ananela. Ke etse hloko taba eo, Morena oa ka oa Linare, a buileng ka eona. Ehlile Lekala la Bophelo le Lekala la Temo tabeng ena ea bophekoli ba ts’oarane ka matsoho. Ba na le ntho eo ba e bitsang OneHealth Policy ‘me ka ‘nete kea mo tiisetsa hore re tla tsamaea ‘moho le bo-mphato ba rona ba ka Lekaleng la Bophelo.

115. “OUTSTANDING COMPENSATION UNDER THE LESOTHO HIGHLANDS WATER PROJECT AND SAFEGUARDS FOR FUTURE REGIONAL WATER INITIATIVES”

Honourable Senator S. Motsamai asked the Minister of Natural Resources that during the Seinoli Legal Centre’s 3rd Stakeholders Conference on Human Rights and Development held on 11 December 2025, he publicly affirmed together with his South Africans counterpart, that all outstanding compensations for affected individuals and communities under the Lesotho Highlands Water Project (LHWP) would be paid in full on or before 31 March, 2026.

Could he now confirm whether this commitment has been honored in full, and if not, provide detailed explanation for the delay.

In his explanation the Minister should also provide the House with the bearer of the full cost of compensation as well as the following information:

  1. What mechanisms has the Ministry established to verify and transparently report that every affected household and community has indeed received the compensation due to them, in line with agreed deadline.   
  2. In the event that compensations remain unpaid beyond the promised date, which is the case now, what immediate remedial measures will be taken to enforce compliance with this bilateral undertaking, and how will accountability be ensured both within government and relation to South Africa and,
  3. Given that unresolved obligations under the LHWP risk undermining public trust and jeopardizing Lesotho’s credibility in future projects such as the Lesotho-Botswana Water Project, how does the Ministry intend to safeguard against repeating these failures while advancing new regional water supply initiatives.

HON. MINISTER M. MOLEKO (MINISTER OF NATURAL RESOURCES): Kea leboha, Ntate Motlatsi oa Motsamaisi oa Ntlo.

Potso ena ka ‘nete kea e leboha. E ‘makatsa feela hobane ke bona e le Potso eo ke lulang ke e botsa Bohlanka khoeli e ‘ngoe le e ‘ngoe, joale ka ‘nete kea leboha hore e be e ea botsoa hobane ba tla bona bohlokoa ba eona hore mat’seliso a sechaba a pataloe ka nako.

Potso ena e batla a le telelele ebile e na le mekhahlelo e mengata. Ke lekile hore ke e arabe ka mekhahlelo e supileng; Mokhahlelo oa pele ke morero. Oa bobeli ke semelo. Oa boraro ke khatelo pele ho litefo tsa mats’eliso (ke shebile mokhahlelo oa pele oa morero le mokhahlelo oa bobeli). Mokhahlelo oa bone ke liqholotso tse bileng teng ho lefshoeng hoa mats’eliso. Mokhahlelo oa bohlano ke Likarabo ho Lipotso tse khethehileng (specific questions). Mokhahelo oa bots’elela ke boithuto bakeng sa merero e tlang e be joale re ba le conclusion e le mokhahlelo oa bosupa.

Ke kholoa hore heading ea Potso ena e ne e re Mats’eliso a e-s’ong ho pataloe tlas’a Morero oa Metsi a Lihlaba tsa Lesotho le mokhoa oa ts’ireletso bakeng sa Merero ea metsi e tlang.

Section 1 – Morero

Sepheo sa Karabo ena le tokomane ena ke ho fana ka tlaleho ea tsoelo-pele mabapi le tefo ea mats’eliso tlas’a mekhahlelo e ‘meli, ea Morero ea Metsi a Lihlaba tsa Lesotho (Lesotho Highlands Water Project), hammoho le ho araba Lipotso tsa Tsamaiso mabapi le netefatso, tieho, boikarabello le mekhoa ea ts’ireletso ea mekhatlo kapa ofisiri tse ts’ebetsong.

Mokhahlelo oa bobeli e leng nalane le semelo

Mats’eliso a batho ba amehileng ke ts’ebetso ea morero, e etsoa ke morero oa Metsi a Lihlaba tsa Lesotho, e leng LHDA. Mats’eliso a akaretsa thepa ea malapa ka bo-mong, ’moho le thepa ea sechaba. Litefo li etsoa ho latela selekane sa Morero oa Metsi a Lihlaba, e leng The Lesotho Highlands Water Treaty, Melao ea naha ea Lesotho ’moho le Melaoana ea Mats’eliso a Morero, e leng LHWP.

Mokhahlelo oa boraro e leng, khatelo pele ho latela litefo tsa mats’eliso. Ke qala ka mokhahlelo oa pele oa morero oa Metsi a Lihlaba, hore na mats’eliso a tsamaile joang.

Mats’eliso a malapa ka bo-mong a tsamaile tjena: Kakaretso ea malapa a amehileng ke 4, 315. A lefiloeng ka botlalo e leng lump sum payments, ke 2 488 representing 58%. Malapa a setseng a makaalo ka 1 827, representing 42%, ke a khethileng mats’eliso a selemo le selemo. Nakong ea selemo sena sa Lichelete sa 2025/2026, malapa a 1 713 a amohetse mats’eliso a selemo le selemo, a etsang chelete e kalo ka M13.8million.

Ha malapa a 114 representing 6.6% ha ka pataloa Chelete e kaalo ka M5,700,000, ke ‘ona feela a setseng ka lebaka la tieho ea phetolelo ea bojalefa ho ba khethiloeng ke malapa. Ho se fumanehe ha bajalefa kapa batho ba lokelang ho amohela mats’eliso, tlhokahalo ea litokomane tse nepahetseng tsa boitsebiso, likhohlano tsa malapa tse amanang le bojalefa.

 Ha re tla tabeng ea Mats’eliso a Sechaba, tefo ea mats’eliso ho sechaba e tataisoa ke Merero ea ntlafatso e khethiloeng ke sechaba ka ts’ehetso ea LHDA. Likoloto tsohle tse saletseng morao ho fihlela ha joale ke M136,000,000, ho latela Article 8A ea Protocol 6 ea tumellano ea LHWP, e leng Lesotho Highlands Water Project.

Lirapa 12, 14 le 15, LHDA e lebetsoe ho bula Bukana ea Banka e fanang ka phaello bankeng ea khoebo ea Lesotho, ho matlafatsa melemo kapa kuno ea lichelete sebakeng sa sechaba se amehileng. Ka mantsoe a mang, ke hona ho ntseng ho sebetsanoa le hore ho buloe Bukana banking, e Chelete e kaalo ka M136,000,000 e tlohe South Africa, e tle Lesotho e kene kahar’a Account.

Nakong 2025/26 Chelete e kaalo ka M34,600,000 e ile ea lefshoa bakeng sa Mats’eliso a sechaba a Ts’ehetso eaa phepelo ea motlakase metseng e robeli (8) haufi le letamo la Mohale. Tabeng tsa Mokhahlelo oa Bobeli oa Morero, e leng Phase II Mats’eliso a Malapa ka bo mong a tsamaea tjena; Kakaretso ea malapa a kannang a ameha e hakanyetsoa ho 2,283. Ho bohlokoa ho hlokomela hore ho fihlela hona joale Morero o ke ke oa fana ka Lenane le nepahetseng la batho ba tla ameha ke Morero kaha khaho ea Letamo le Tonnoro e ntse tsoelapele.

Hona tl’o boetse ho ama le ho lefshoa ha Mats’eliso, ho ikamahanya le taba ena ea khaho ea tonnoro le letamo. Ho fihlela ha joale ba seng ba lefiloe Mats’eliso, ho latela Ts’ebetso ea Khaho ea Letamo la Polihali ke batho ba 1,629. Bana ba lefiloeng, ba ile ba potlakisoa ka lebaka la khaho ea letamo.

Mokhahlelo o hlahlamang, ke oa ba tla lefshoa, ke ba tla ameha   nakong eo ho qaloang ho tlatsoa Letamo kapa ho qaloang ho koalloa ha metsi, e leng malapa a 654. Hona joale Morero o ntse o ngolisa Lithepa tsohle tse tla ameha ke ho tlatsoa ha metsi ka Letamong la Polihali. Tsena tsa Malapa ana a 654, Meralo ke ho qala ho lefa Mats’eliso ho malapa ana qetellong ea Selemo sa 2026 le maqalong a 202.

Kakaretso ea Mats’eliso a seng a patetsoe Mokhahlelong ona oa Bobeli ke M168,000,000 ho fihlela Tlhakubele 2026.

Ho fihlela ha joale ha ho e-s’o be le Mats’eliso ao sechaba sea lefuoeng. Mokhahlelong oa Bobeli, ka lebaka la hore ho ntse ho netefatsoa Thepa e amehileng. Section 4, e bua kaLiqholotso tse bileng teng, ha ho lefshoa Mats’eliso. Liqholotso tsena li kenyeletsa taba ea mathata a ho fumana bajalefa, likhohlano ka hare ho Sechaba le Malapa, lithibelo tsa tsamaiso ke Mekhatlo e ikemetseng. Kea leboha. Ke ee ho Mokhahlelo oa Bohlano, Section 5. Tsena ke Likarabo ho Lipotso tse Khethehileng (Specific Questions).

Potsong e reng, na ke Mekhoa efe eo Letona le e thehileng ho netefatsa le ho tlaleha ka ponaletso hore lelapa le leng le le leng, le amehileng, le metse eohle e amehileng ba hlile ba fumane tefo e ba lokelang, ho latela nako eo ho lumellanoeng ka eona?

Karabo e re mekhoa ea netefatso le tlaleho e hlakile.  Ke Litlaleho tsa Quarter le tsa Selemo ho Komisi ea Metsi a Lihlaba tsa Lesotho, e leng Lesotho Highlands Water Commission(LHWC). Litlaleho tsa Lihlahlobo tse hlahlojang ke bahlahlubi ba libuka, Annual Audits tsa Morero, Li-record tse netefalitsoeng, ke tsa bajalefa pele ho tefo. Hape e boetse, e-ba Netefatso ea boemo ba ts’imo le majarete, ho lokisa liphapano.

Tlhatlhobo e ikemetseng, e etsoa ke Office ea Monamoli (Office of Ombudsman). Mekhoa ena e netefatsa ponaletso, boikarabello le ho latela boitlamo ba Morero litabeng tsa Mats’eliso.

Potsong e reng na, haeba litefo li ntse li e-so lefshoe ho latela Letsatsi le ts’episitsoeng, e leng boemo bo teng hona joale, ke Mehato efe e tla nkoa hang-hang ho lokisa boemo boo, ho latela boitlamo ba linaha tsee tse peli, le hore na ho tla netefatsoa joang hore ka bobeli li phethahalitse boitlamo ba tsona?

Karabo mona, ke ho re – Tabeng ena, Mehato ea Tokiso le Boikarabello e tjena- ha Mats’eliso a sa lefshoa ka nako, ho romelloa basebetsi ba bangata ho potlakisa ts’ebetso. Ho potlakisoa lits’ebeletso tsa phetholelo ea bojalefa ho matlafatsoa le ho thusa ho batla bajalefa le ho netefatsa hore Litokomane tse hlokahalang, lia bokelloa.

Ho ba le ts’ebelisano-‘moho le Mafapha a latelang a Muso le ba bang: e leng Office ea litaba tsa Lehae, Office e laolang litaba tsa bojalefa eleng Master of the High Court, likopano tsa likhoebo le Makhotla a Puso ea libaka, Libanka ho thusa ka lipalangoang ho ba khethiloeng e le bajalefa hore ba fihle liofising tse ts’oanelang.

Boikarabelo bona, bo kenyeletsa Litlaleho ho Komisi ea Morero ea Metsi a lihlaba, LHWC. Tlhahlobo ea Selemo le Selemo ea Libuka tsa Morero, Internal and External auditing. Tlhahlobo e kahare le mekhoa ea ho bapisa, e leng bench marking. Ho tiisa hore litefo li etsoa fela ho bajalefa ba ts’oanelehang.

Ea ho qetela Potso, e re na boemong bona boo Lekala le sa phethahatsang lits’episo tseo le li etselitseng sechaba se angoeng ke ts’ebetso ea Morero oa Metsi a Lihlaba tsa Lesotho, Lekala le ikemiselitse ho fetola ts’ebetso ea lona joang e le ho qoba liphoso tse ts’oanang Mererong e ts’oanang e tla ba lipakeng tsa Lesotho le naha ea Botswana, le libakeng tse ling tse fapakaneng?

Karabo ke ho re Mekhoa ea ts’ireletso sebakeng sa bokamoso e tla ba ho matlafatsa melao le maano, ho tiisa hore litefo ke ho bajalefa ba molaong feela. Ho ntlafatsa pokello kapa ho fumana litokomane le tsamaiso ea bojalefa. Ho matlafatsa mekhatlo ka mekhoa ena, ea ho ntlafatsa tsamaiso ea li-record tsa Bajalefa. Ho matlafatsa ho hlahloba le netefatso ea masimo a anngoeng ke ts’ebelisano ea    mebuso. Mona ke hore ts’ebelisano, e ‘ne e tsoelepele lipakeng tsa Mebuso e ‘meli le LHDA le ba nang le kobo ea bohali.

 Section (6), e bua ka boithuto sebakeng sa Merero e tlang. Mona e se ebile e le le ho kenyeletsa boitokisetso ba Mats’eliso qalong ea Moralo oa Letamo. Ho matlafatsa Boikarabello le Litlaleho Mererong e tlang. Ho ntlafatsa boitokisetso ba Mekhatlo sebakeng sa ho fallisoa le Mats’eliso, nts’oareleng…

Section (7) e leng Conclusion, leha ho ntse ho tsoeloapele ho lefa Mats’eliso, a malapa le sechaba, ho ntse ho e-na le tieho ka lebaka la mathata a seng a boletsoe le litokomane, litaba tsa bojalefa le ho se fumanehe ha malapa a amehileng. Lekala ka Office ea Morero le kenya ts’ebetsong mehato ea tokiso ho potlakisa ho lefa Mats’eliso a saletseng morao, le ho matlafatsa boikarabello le ho netefatsa hore Merero e tlang e ts’oanang, le Morero oa Metsi a Lihlaba tsa Lesotho ha e angoe ke mathata a ts’oanang.

MR VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane.  Ruri Potso ena e ne laeshile haholo.  Ha ke makale hore ebe Karabo ea teng e bile telele haholo.  Litho tse Khabane haeba le na le lipotso tse nyanyeletsang, le ka tsoela pele.

HON.SENATOR S. MOTSAMAI:  Ke lebohe, Ntate Vice-President, Hon. Minister, Tafole le Litho tse Khabane. Ka ‘nete ke lebohe Hon. Minister ka Karabo eno eo a fanang ka eona. Ke ne mpa feela ke re ke nyanyeletse ka potso e ‘ngoe, ea hore na ho se ntse ho tsebahala hore ha ho etsoa baseline, hoa tsejoa ho re na malapa a makae, hoa tsejoa ho re na lihloliloeng tse ling na li kae le tse amanang le sechaba.

Hon. Minister o re ho na le Chelete e fetang M100,000,000 e ts’oanelang ho buleloa Account, ebe molato Ntate oa ha ho n’o s’o nts’o tsebahala hore Chelete e tle e kene ho li-account, ho tsejoe   ho ts’elisoa ka kopanelo metse kapa ka kopanelo, tahlehelo ea makhulo le eng, na ka ‘nete e ka ba ke eona ntho e ka ea emisang Ntate hore ebe ntho tsa mofuta o joalo ke tsona tse bang le bothata? 

Ke ea pele eno, empa ke etsa nyanyeletso ka eona. Ho na le moo u itseng, a mang a mathata a mang, u la re feela mekhatlo kapa u bua ka Mekhatlo eona eo, ea sechaba? Tsela eo e amohelang lithuso ka eona ka kopanelo kapa u bua ka mekhatlo e ts’ehetsang sona sechaba, ho its’etlamolla boimong bona boo, ba hore lits’episo li ha na ho phethahala na?

Ke mpa ke re, ke kene ka tseno tse peli.

 Kea leboha, Mohlomphehi.

HON. M. MOLEKO: Kea leboha Mohlomphehi, ha ke qala litaba tsa ka, ke itse Lipotso tsena tse botsoang mona, ke lipotso tsa ka. Ke hore ke thabile hoba ehlile ke lipotso tsa ka, leha ke tla li araba. Tabeng eno, ea hore na Chelete e about M136,000,000 ha e tle keng?

Ke hore ke Potso, eo esale ke e botsoa feela ke hona e sebetsoang ka matla hona tjena. Karabo eo ke neng ke e thole Lekhetlo la pele, ke hore ho tlameha ho etsoe a Trust Fund, e leng ho re Chelete eno e kene ka mono because it’s held in trust for the community, joale ka re e-e, Chelete e South Africa TCTA [TRANS-CALEDON TUNNEL AUTHORITY].

Joale ke re, hoja ne le re le etsa Trust Fund eo, Chelete e le kahar’a Lesotho, then re ne re tla joetsa sechaba hore Chelete e se e le teng. Ho ntse ho etsahala tjena, joale ke qeteletse ke kopa hore ho ngolloe TCTA e etse release chelete e tle koano.

Ke last week feela moo Board ea LHDA e seng e fane ka taelo ho bookameli ba LHDA, ho re bo tsoeloepele, ho batloe. Chelete e tle koano ha ba ntse ba bula li account tsena. Ha e le hantle, ke hobane joale ba ntse ba sebetsana hape le hore ba bue le mekhatlo ena e sebetsang ea metse, e sebetsang litaba tsena hore ho lumellanoe hore ha e se e le teng, ho etsahaleng ka Chelete ena.

Re ile ra ithuta Linakong tsa ho feta, ho re ho na le sechaba kapa metse e il’a sebelisa Chelete hamper. Taba joale, ebe ba tla LHDA ba tl’o tletleba, feela u fumane hore ho ile ha eba le bohlasoa cheleteng, ha e sa le eo.

E ne e le hoba bona ba e sebelisitse hamper, ba sa ikamahanya le-_ ebe ke tla re advise eo ba neng ba e fuoa ke LHDA, ho rehoja la sebetsa litaba tjena. Joale ena e leka hore e sebetsoe hantle feela ke taba e se ntse e sebetsoa, e tla sebetseha. Taba ea Mekhatlo eo re buang ka eona ke eona, ke ena e sebetsang, ke hore mekhatlo e sebetsang le sechaba.

Kea leboha.

HON.SENATOR J.A. MOTS’OENE: Kea leboha Mohlomphehi ebile ke utloa ke thabile haholo. Hon.Minister o itse ke lipotso tsa hae, ka ‘nete kea hlokomela ke tsa hae, u qeta ho araba e ‘ngoe. Ke mpa ke tla tsoelapele ka ena hobane li ne li le tharo (3). O arabetse tse peli (2) ho setse ena e le ‘ngoe.

Kea kholoa Mohlomphehi potso ea ka, ke mpa ke koatile Morena oa ka oa Mokhotlong ha eo, empa ke thabile oa Malingoaneng o teng. Ho na le taba ena ea Morero oa Metsi a Lihlaba, o nts’o tsoelapele lipakeng tsa Ha Bereng le Poli-Hali, feela Morero o ntse o lahlella metsi ka letamong la Katse. Ke ne ke re na Honourable Minister, are you aware hore sechaba se phelang libakeng tsee, tseo Morero o leng ho tsona, litaba tsa bona tsa mantlha tsa bophelo, likolo, litsi tsa bophelo, le tse ling ha se litaba tseo u bonang Morero o li atamela ka potlako, le ka bana ba banyenyane likolong moo na?

HON. MOHLOMI MOLEKO (MINISTER of NATURAL RESOURCES): Kea leboha Mohlomphehi.

Litaba tsena kea kholoa hore ehlile ke litaba tseo ke li sebetsang ka matla. Ke elelletsoe hore ehlile ho na le bothata ha ho uoa litabeng tse eang sechabeng. Ke hore ha batho ba lutse, ekare ba shebane le mosebetsi ona o moholo oa ho aha tonnoro, ba hahe letamo. Ba lebala mesebetsi ena e hlokang hore e etsetsoe sechaba. Joale re lekile hore re ntlafatse ts’ebetso ena.

E le mohlala feela, re na le motho ea seng a le ka hare ho LHDA, eo re itseng a ke a shebane le Article 4.2 ea Tumellano ea Morero. E reng re bone hore re fa batho metsi, re bone hore ho ba le lintho tseo e ka reng fisheries, ho ruoalintho tse kang litlhapi kahar’a matamo ana. Re bone hore rea noesetsa, re ba le large scale irrigation systems, Re bone hore re ntlafatsa bohahlauli ka ho ba le holiday homes and hotels etc.

Ke eona ntho eo re sebetsanang le eona. Kea kholoa hore bekeng ena e tlang, ho tla ba le advert ea hore re be le mo-consultant ea tl’o etsa implement litaba tseno tsa Moralo ono, e leng the social master plan

Social plan ea matamo ana e tlameha e re, mona re tlameha re be re na le clinic, mona le sekolo, mona re na le tourism activity, fisheries joalo-joalo. Plan eno re se ntse re e etsa implement.

Maobane ke fuoe lethathamo le le lelele la metse e tl’o fuoa metsi le motlakase, feela joale ha ke es’o ee lethathamong leno ka botebo. Ke bone ekare ke metse e fetang 70 ha ke se ke e sheba.

Ke eona ntho eo ke reng ke sebetsana le eona hobane ke re ena ea ho aha letamo le litonnoro, ke tla e siela litsebi. ‘Na ke sebetsane le ena ea hore re thuse Basotho.

MR. VICE PRESIDENT: Mohlomphehi Letona, litabeng tseo u ntseng u li buoa ke utloa ke rata eno ea social master plan. Ke utloa eka molemong oa Ntlo ena e Khabane, ha e se e le teng, u tle u tl’o e arolelana le Litho tse Khabane, joaloka Morena Joel, Morena oa Malingoaneng le Marena a mang.

Morena oa Lioli mohlomong o ntse a qope-qopetsa ka mona ka Mohale, hobane o Jorotane mono batho ba hae ba ntse ba amehile.

Ka’nete ke utloa ekare u tla be u ba thusitse haholo ha u ka tla arolelana that social master plan le bona, ba be le eona e le hore ba etelle sechaba sena pele ba hlakile haholo, hore na litaba tse ba amang li tl’o tla li sebetsoa joang.

Ke bona eka ekare lipotso tse nyanyeletsang li felile, empa hee kea bona hore Mohlomphehi Letona le Khabane o fuoa koantsanyane, mohlomong a ka rata hore a re letho ka eona, re tsebe ho fetela ho the next item.

HON. MOHLOMI MOLEKO: Kea leboha Mohlomphehi. Koantsanyane eo ke neng ke e thola, e re ke bue ka mesebetsi e seng e entsoe, feela ke bona ekare ke ntho e ngata haholo hobane re entse excess roads, feeder roads, power line, re hahile Polihali Lodge e tla buloa haufinyane.

Re hahile marokho. Hona tjena re butse bo bong libekeng tsena tsa ho feta. Re na le a mang a tlamehang ho buloa. Re entse upgrade Katse Lodge, e le e meng ea metsebetsi ena. Re tl’o tlosa teronko eane ea Mokhotlong re e hahe bocha, joalo-joalo.

MR VICE PRESIDENT: Ka’nete Mohlomphehi Letona le Khabane, ke bone hore you have done a lot litabeng tseno tsa mesebetsi e amang sechaba. Ke bone hore le ka Mohale ka mane, u ntse u lokisa tsela e pota-potileng letamo, e ne e se e tsamaeea kathata ka mokhoa o makatsang. Feela ke bone hore kahar’a khohlo ea Jorotane ka mono, motse oa Lebiletsa le oa Ha-Makhobalo le oa Ha-Likomisi, ke bone hore e ntse e salletse morao ha u es’o ka ba u e hokela, Mohlomphehi.

Kea tseba hore Ha-Pokolana ha e ea angoa ke letamo, le Ha-Khama ho ile hoa thoe ha e ea angoa ke letamo. Feela metse eo ke tsebang hore e amehile ke letamo ka kotloloho, ke Jorotane Ha-Makhobalo, moo hothoeng ke Ponts’eng, joale ebe oa ho qetela ke Jorotane Ha-Likomisi. Ke bone hore metse eno e ntse e salletse morao, ha es’o ka e hokeloa, Mohlomphehi.

HON. SENATOR B.S.API: Ke mpa feela ke re Mohlomphehi, Ntlha ea Tsamaiso eo ke emang ka eona, ke ‘nete u tla nts’oaea mohlare, kapa u tla ba pelo-tlhomohi ho mamela taba ea ka.

Ruri rona ba bang kahar’a Ntlo ena re batho ba lulang re khathatsehile haholo, ha ke tsebe hore na ebe u ka re memela Tona-kholo. Kahar’a Ntlo ena re hlahisa lingongoreho tsa sechaba, sona sena se khethileng Tona-kholo ena, empa ha ho na le ka mohla ebang lintho tse phethahalang. Selemo se seng le se seng ke etsa tlhahiso kahar’a Ntlo ena joale ka ha ke le Morena oa Sehlooho oa Makhaleng.

Sebakeng sane sa haeso sa Ribaneng, borokho bo oele khale. Ke fane ka marokho a ileng a hoholoa ke metsi ka 2020. Ke ile ka ‘na ka etsa tlhahiso.

Pusong ena ke entse tlhahiso. Re qeta ho fetisa lichelete hona joale. Feela ha ho na borokho le bo le bong kahar’a noka e ts’eloang ke bana ba sechaba, lehlabula le mariha. Feela ha ho na le Matona a ikarabellang tikolohong eno, a ka etsang hore ho be le karolo e fetisoang.

Ke ee ke bue hangata kamehla. Kajeno lena ka lehlohonolo ke ile ka thaba ha ke bona Matona ao nka reng ebile Matona a motlakase, ho tloha Letoneng lena le qetang ho tsoa la Temo.

Haesale le ntse le hakanya hore motlakase ke oo o oa tla bekeng e tlang. O ile a ba a ‘na a fetoloa joale ka ha hona tjena ho ntse ho hlokoloa Lekhotla la Matona.

Ke hore na ebe rona ba bang kahara Ntlo ena ha e tla ba re na le karolo eo re hlahisang mathata a sechaba, ho se na a phethahalang, ha ho betere li mpe li tlo arajoa ke Tona-kholo, mohlomong re mpe re tl’o llela ho eena e le moetapele oa naha?

Mohlomong litaba tsa rona li tla mpe li phethahale. Ke ngongoreho ea ka eo ke fanang ka eona ea sebakeng sane seo ke lulang ho sona Ha-Ramabanta. Ke re ke sebaka se nang le manoni a maholo ntlheng ea motlakase, feela ke re leha ho qeta ho fetisoa karolo ena ea lichelete, ha ho na le ka mohla Matona a ka tlang ho tla tla re fa hore selemong sena lichelete li abuoe, na li il’o sebetsa hokae.

 Kamehla ba fana ka likarabo tse bobebe feela, motho o ts’epe hore selemo sena ha se fela ntho ena e tla be e fetile.

Ke eona ngongoreho ea ka.

Kea leboha, Mohlomphehi.

MR. VICE PRESIDENT: Kea leboha Morena oa ka oa Lits’epe.

Ke etse hloko hore re ne re se re isitse ka ‘moho taba ea lipotso, ho se ho se na lipotso tse nyenyeletsang. Tabeng ena ea tlhahiso ena ea hau, ke ne ke re, e ‘ngoe ea lintho tseo re seng re leka ho li etsa morao tjena, leha ke ee ke bone hore re ba le liphephetso mona le mane, ke ea hore ha ho ile hoa eba le tlhahiso e etsoang ke Litho tse Khabane ka mona, re sheba ‘moko taba oa tlhahiso e joalo hore na Setho se Khabane se bua ka eng.

Joale ebe ha re bona hore litaba tsena li sekametse lekaleng le itseng, re ee re bue le Bahlomphehi Matona a amehang hore ho na le tlhahiso e tjena ka mane ka Ntlong, eo Litho li tl’o tla li e ts’ohla.

Matona a Khabane a lula a phathahane, haholo haeba tlhahiso e tekoa e le labobeli joaloka ena ea maobane. Re ee re bue le bona hore ba romelle liofisiri tsa bona hore ba tl’o ba mamella. Ha ba le teng ba fumaneha, re ee re kope hore ba tle, ba tl’o tla ba mamela nakong eo ho beuoeng ntlha eo ho qoqoang ka eona.

Sepheo se seholo ke hore, ha Ntlo ena e qeta ho ts’ohla taba e tekuoeng ke Setho se Khabane, joaloka e tekuoeng ke Morena Peete maobane, Letona le Khabane le re fe ntlha-kemo ea Lekala. Le etse address Ntlo ena e Khabane ka motion o joalo.

E leng hore mona moo u neng u bua ka taba ea litlhahiso tseo le sa tsebeng hore na li fella hokae…

Ena ea lipotso chee, ke utloa eka ho ba le lipotso ka mona joale li ea arajoa, likarabo tseno tse ntseng li fanoa ha li phethahatsoe. Joale kea utloa hore tlhahiso ea hau ke hore Mohlomphehi Tona-Kholo a mpe a tle ka hare ho Ntlo ena e Khabane. Kea utloa hore ke tlhahiso. Re tla il’o lula fats’e re le Boeta-pele ba Ntlo ena, re bone hore na re tla e sebetsa joang.

Feela ke ne ke re tabeng ea litlhahiso tse ling, ke ntho eo re seng re leka ho e etsa morao tjena. Kea tseba haesale e le sello sa nako e telele ho re le etsa motions, feela ha le tsebe hore na li fella hokae., ha re qeta ho e etsa ka mona Ntlo e e ananela, ha re tsebe hore na ho etsahalang ka tlhahiso eno.

Hangata litlhahiso tseo le li etsang, ke litlhahiso tse etsang likhothalletso ho ‘Muso, ha se tseo le li etsang hore li phethisoe ke Ntlo ena e Khabane. Joaloka ena ea maobane, ke likhothaletso tse etsoang ho ‘Muso, hore ‘Muso ona o Khabane re khothaletsa hore o etse tjena-le-tjena.

Joale mono re se re entse leano la hore, leha ele leano le sa ngoloang, but re se re etsa consult Matona a Khabane, hore ha ho na le Motion o entsoeng ka mona joale Litho tse Khabane li entse qeto, hore re ananela le ho amohela Motion ona o entsoeng ke Setho se Khabane sa Ntlo.

Re se re kopa hore Matona a Khabane a tle ka koano a tl’o bonts’a hore na litaba tseno ba ea li ananela kapa ntlha-kemo ea Makala a bona ke efe tabeng eno e joalo.

Rea leboha Mohlomphehi, re tla ea shebisana litaba tsena le Mohlomphehi Tona Kholo hore ha a na le nako, a ke a tle ka mona a tl’o tla a bua le lona.

Litho tse Khabane ke bona ekare re salletsoe ke motsotso o le mong. Hona joale ho latela Standing Order number 16(5), re ts’oanela hore re phomolele lijo tsa mots’eare. Hoo ke ipotsang ke hore na would it even make sense hore re kene to the next item hobane re ts’oanela ho kena tabeng eane ea Morena oa Mats’ekha na?

HON.SENATOR S.K. MASUPHA: Kea leboha Mohlomphehi.

Ho latela ka mokhoa oo re fuoeng litaba tse monate kateng, ke utloa eka ekare ho lekane kajeno lena, e mpe e chechelle morao, re se re tla e bona ka letsatsi le leng. Taba eno e kholo haholo, nako eno e ke ke ea lekana hobane ha re ka re re ekelletsoe nako, re tla kopa nako ea hora kapa ho feta hora hore Setho se seng le se seng se khone hore se lahlelle tabeng eno ea Morena oa Mats’ekha, Mohlomphehi.

 Ke ka mokhoa oo ‘na ke e bonang kateng, ha ke tsebe hore na Bahlomphehi ba bang ba tla e bona joang.

HON.SENATOR R.P.L. PEETE: Ntate Vice, kea u hlompha, ke hlomphe Letona le Khabane le Tafole.

Ke ne ke re e leha ke ananela taba ena e hlahisoang ke Setho se Khabane Morena oa ka oa Lioli, ke ne ke re molemong oa ho etsa wrap pup, ke bona ke na le thomo e ‘ngoe eo ke romiloeng ho eona hosane. E se e le hore ke se ke tla etsa wrap pup ka Labobeli.

Che Litho tseo ebang li ka tsoelapele ho etsa elaborate on the Motion, bona ba ka tsoelapele.

MR. VICE PRESIDENT: Rea leboha Morena oa ka.

Litho tse Khabane kea kholoa ehlile ho tla ba joalo, re tla e lokisa le Tafole.

Ntlo e tla phomola hofihlela hosane ha hora ea leshome e fetile ka metsotso e mashome a mararo.

                                         ADJOURNMENT

There being no further Business on the Order Paper, Mr. Vice- President adjourn the House without question put, pursuant to Standing Order No.16.

House accordingly Adjourned at 13:03 hrs.