KINGDOM OF LESOTHO
PARLIAMENTARY DEBATES
SENATE CHAMBER
DAILY HANSARD
OFFICIAL REPORT OF THE SENATE
FIRST SESSION – ELEVENTH MEETING
ELEVENTH PARLIAMENT
Tuesday, 14th April, 2026
LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG
| 1. Hon. Seeiso B. Seeiso | Principal Chief of Matsieng |
| 2. Hon. Joel A. Motšoene | Principal Chief of Leribe |
| 3. Hon. Sempe Gabasheane Masupha | Principal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan |
| 4. Hon. Mamolapo M. Q Majara | Principal Chief of Ha Majara |
| 5. Hon. Tumane Matela | Principal Chief of Makhoakhoeng |
| 6. Hon. Moeketsi Moletsane II | Principal Chief of Taung |
| 7. Hon. Lerotholi Mathealira Seeiso | Principal Chief of Mokhotlong |
| 8. Hon. Lerotholi L. Seeiso | Principal Chief of Likhoele |
| 9. Hon. Theko D. Bereng | Principal Chief of Phamong |
| 10.Hon. Mojela T. Makhaola | Principal Chief of Qacha’s Nek |
| 11.Hon. Seeiso S. H. Nkuebe | Principal Chief of Quthing |
| 12. Hon. Nthupi A. Bereng | Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote |
| 13.Hon. K.L.K Khoabane Theko | Principal Chief of Thaba-Bosiu |
| 14. Hon. Mitchel S. Maama | Principal Chief of Ha Maama |
| 15. Hon Moholobela M. Moholobela | Principal Chief of Matelile |
| 16. Hon. Bereng G. Seeiso Api | Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake |
| 17. Peete Lesaoana Peete | Principal Chief of Koeneng le Mapoteng |
| 18. Hon. ’Mako T.Mohale | Principal Chief of Tajane, Ha Ramoetsana le Ha Mohale |
| 19. Hon. Khoabane T. Mojela | Principal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso |
| 20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli | Principal Chief of Botha-Bothe |
| 21. Hon. Pontšo S. Mathealira | Principal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere |
| 22. Hon. Qeto Sekonyela | Principal Chief of Malingoaneng |
| 23. Hon. ’Mawinnie Kanetsi | Senator |
| 24. Hon. Lebona Khoaele | Senator |
| 25. Hon. Thabiso Lebese | Senator |
| 26. Hon. ‘Maphakiso Lebona | Senator |
| 27. Hon. ’Mabataung Patricia Mokhathali | Senator |
| 28. Hon. Sehloho Henry Monatsi | Senator |
| 29. Hon. ‘Makholu Moshoeshoe | Senator |
| 30. Hon. Neo Matjato Moteane | Senator |
| 31. Hon. Seabata Motsamai | Senator |
| 32. Hon.Richard Ramoeletsi | Senator |
| 33. Hon. Limpho Tau | Senator |
PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO
SENATE CHAMBER
Tuesday, 14th April, 2026
The House assembled at 10:30 a.m.
(MR. VICE-PRESIDENT in the Chair)
PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer
ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR
MR. VICE-PRESIDENT: Kea le lumelisa, Litho tse Khabane, letsatsing la kajeno ka mor’a Phomolo e telelenyana ea Paseka. Kea ts’epa hore le ketekile hamonate ka khotso le ka thabo Paseka ‘moho le litho tsa malapa a lona le sechaba seo le se etelletseng pele.
Ke na le litsebiso, ha li ngata, kea kholoa li ts’eletse, Litho tse Khabane.
Tsebiso ea Pele ke ea litaba tse seng monate tjena, tseo ke ts’epang hore e ka ‘na eaba le se le ile la li fumana. Leha e-ba le ile la li fumana, ba bang ba lona ba atleha ho ea lefung le joalo, hoa nepahala hore re tl’o fana ka tsebiso ena ka mona ka Ntlong, Litho tse Khabane.
Ke ka masoabi a maholo re le tsebisang ka lefu la Advocate Samuel Sekara Mafisa, ea sebelitseng e le Molula-Setulo oa pele oa Komisi e Ikemetseng ea Likhetho. A boela a sebetsa hape e le Monamoli oa bobeli, hobane ho ile hoa ba le Monamoli oa Pele (ke mpa ke lebala mabitso a hae), joale Mofu Ntate Sekara Mafisa e bile oa bobeli.
Mofu lefu le mo khaolelitse ka la 1 ‘Mesa, 2026 ka mor’a bokulo ba nako e telele. Lits’ebeletso tsa lepato la hae li bile ka la 10 ‘Mesa, 2026 mane Maseru Club. Ke hona ha ke bonts’itse hore kea kholoa ba bang ba lona le ile la tseba litaba tsena, ha lea li tseba feela, kea ts’epa le hore le ile la ba karolo ea ts’ebeletso eno ea ho phomotsa masapo a hae Motaung eno.
Litho tse Khabane, ke kopa hore re eme, re khutse motsotsoana, e le ho bonts’a tlhompho ho senatla seo sa naha ena se oeleng.
(MOMENT OF SILENCE)
Moea oa hae, le meea ea balumeli bohle ba falletseng o phomole ka khotso mohaung oa Molimo.
Tsebiso ea bobeli e mpa e le khopotso feela. Lea hopola re ile ra fumana memo ea National Aids Commission ea Workshop ea eona, eo re neng re menngoe hore re e’o ba karolo ea eona, empa joale, joaloka tse ling tseo ke tl’o bua ka tsona, eaba matsatsi a ntse a fetoha hangata.
Hona joale re le tsebisa ka memo eno ea thupelo ea National Aids Commission e tla ts’oareloa Mohale Lodge. Thupelo e tla qala hosane ka la 15 ‘Mesa, 2026 hofihlela ka la 17 ‘Mesa 2026. Tlhophiso ke ho re bese e tl’o nka Litho tse Khabane ho li isa mono e tla tloha koano mapatlelong a meaho ena kajeno ka hora ea boraro thapama.
Tsebiso e latelang le eona e ntse e le khopotso hore ha e le Labobeli la la 21 ‘Mesa, 2026 ho tla ba le kopano lipakeng tsa College of Chiefs le Lekala la Puso ea Libaka le Borena, Litaba tsa Lehae le Sepolesa, e tla qala ha hora ea leshome e fetile ka metsotso e mashome a mararo hoseng mane hoteleng ea Lancers Inn.
Re ne re ile ra hlalosetsoa pejana litsebisong tse ileng tsa ‘na tsa etsoa ka mona, moo ho ileng hoa chechisoa, hore sepheo sa kopano ena ke ho matlafatsa ts’ebelisano-‘moho ntlheng ea ngoliso ea mafu a hlahang ka ntle ho litsi tsa bophelo, e leng batho ba mona bao u tla fumana hore ba hlokahalletse hae, motebong kapa lipakeng tseo e seng litsing tsa bophelo, hore na le le Baetapele ba sechaba na litaba tseno li ka sebetsoa joang ha li etsahetse.
E ‘ngoe tsebiso e latelang e ntse e le khopotso le eona, hore re ile ra fumana memo ea hore ka la 22 ‘Mesa, 2026 – memo ena e ne e tsoa ho Morero oa Metsi a Lihlaba hore ho tla be ho buloa Semmuso Borokho ba Senqu mane Mokhotlong, moo ho thoeng ke Sekokong.
Litho tse Khabane li ea mengoa hore li e’o ba mono sebakeng seo. E tla be e le letsatsi ka mor’a la 21 ‘Mesa ha Litho tse Khabane tsa College of Chiefs li tsoa Thupelong eane eo li tla be li na le eona le Lekala la Puso ea Libaka le Borena.
Tsebiso e latelang le eona e ntse e le e amanang le memo – eona e tla be e le ka la 23 ‘Mesa, 2026 moo Litho tse Khabane li memeloang liponts’uoeng tsa temo tsa Greenland Farm Suppliers tse tla ts’oareloa Ha ‘Masana tlas’a Lebala la Lifofane ha hora ea borobong e fetile ka metsotso e mashome a mararo hoseng.
Tsebiso ea ho qetela, Litho tse Khabane, ke ho re re na le Bahlanka ba bacha koano Senateng, bao re kopang hore re tle re ba hlahise ka pele ho lona le ba tsebe, e se ke ea re ha le ntse le teana le bona mona, eaba joale le kopana le batho bao le sa ba tsebeng, haholo hobane ba bang ba bile ba tl’o sebetsa le lona ka mona ka Ntlong.
Kea tseba hore hoane pele ho ne ho botsoe hore na ha na Bohlanka bona ke bo hiruoeng ka tsela ea mofuta ofe.
Oa pele e leng Ms. Mookho Mphonyo o hiruoe ka konteraka e le Private Secretary ea Hon. Madame President of the Senate (ke kopa hore a eme le tle le mo bone). ‘M’e Mookho o tsoa hona mona Maseru Upper Thamae.
Oa bobeli ke Mr. Maphanga Mabaso, eena o hiruoe on permanent and pensionable basis, o tl’o sebetsa e le Usher. O tsoa Hlotse, Lisemeng 2 koana Leribe – ke Nare.
Oa ho qetela ke Mr. Tefelo Mosala, le eena ka tsela e ts’oanang o tl’o sebetsa e le Usher, le eena o hiruoe on permanent and pensionable basis. Ke motho oa Mazenod mono – Ha Lekhobanyane.
Litho tse Khabane, kea tseba hore re ee re ba fe mantsoe a mabeli, a mararo, hore re ba laee joaloka batho ba bacha ba fihlang koano.
Le tla hlokomela ha le sheba Order Paper hore re tl’o tsoela-pele ka Tlhahiso eane ea Setho se Khabane, Morena oa Linare. Ke utloile hore ho hlahile taba mane ho Morena oa ka oa Mats’ekha hore na re tl’o tsoela-pele joang Morena oa Linare a le sieo.
Rea ts’epa o tla tla a fihla, feela hee, le tla hopola, Litho tse Khabane, hore eena o ne a se a behile tsa hae, hoa hae kea kholoa e ne e se e le ho mamela hore na ke Litho life tse ts’ehetsang Tlhahiso ena ea hae, le hore ke Litho life tse sa ts’ehetseng Tlhahiso ena ea hae, feela ha ke lumele ho ka ba le Setho se sa ts’ehetseng litaba tseno tseo a li buileng, hobane ruri ke tsa bohlokoa haholo.
Taba eno e bolela hore kaha o ne a se a tekile Motion oa hae, re tla ‘ne re tsoele-pele re fe, Litho tse Khabane, monyetla oa hore li ts’ets’ethe taba eno.
Ke ne ke mpa feela ke re ho Bohlanka bona bo bocha rea le amohela koano, re le Ntlo ea Senate. Tebello ea rona ke hore bo-teng ba lona bo tl’o tla bo etsa phetoho e kholo, le tl’o tla le sebeletsa Litho tsena tse Khabane tsa Ntlo ka hlompho, ka boikokobetso le ka mafolo-folo. Ba utloe hore ho na le batho ba bacha bao e leng ho re they have added value ka hare ho Ntlo ka mona. Ha boteng ba lona bo se na any value eo bo e ekelitseng, lea utloa hore ho tla be ho ts’oana le ha le le sieo.
Re lebelletse hore le tl’o tla le sebetsa ka makhethe, hlompho, boikokobetso le mafolo-folo, le sebeletse Litho tsena tse Khabane.
Mosebetsi oa lona ke ho tla sebeletsa hore lona le etse all the ground work eo le lokeleng ho e etsa e le hore bona ba tsebe ho shebana le mosebetsi oa bona. Ho se ke hoa ba le mohlang joale u fumanang hore ba tlameha hore ba etse double ka ho etsa mosebetsi oa lona hobane joale le sa etsa oa lona.
Ke ne ke re ke e behe ha khuts’oanyane ha kaalo.
Next item Mr. Clerk.
RESUMPTION ON ADJOURNED DEBATES
2. MOTION
56. RESOLUTIONS ON THE INFLUX AND PROTECTION OF BASOTHO IN SOUTH AFRICA.
MR. VICE-PRESIDENT: Litho tse Khabane, le tla hopola hore Morena oa Leribe, Morena Joel, o ne a se a ile a teka litaba tsa hae ‘me o ne a se a ile a fumana ts’ehetso kapa ho tlatsetsoa ke Litho tse Khabane tsa Ntlo ena, tse peli.
Re ne re ile ra ba le tlatsetso ea Morena oa Mats’ekha, ra boela ra ba le tlatsetso ea Morena oa Lioli. Ke ne ke re ke behe taba eno e le hore re tsebe ho hopola hore na hana re ne re le ho kae.
E leng ho re re se re lebelletse ts’ehetso ea ba bang kapa tlatsetso ea ba bang litabeng tseno tsa Morena oa Leribe, ho fapana le Litho tseno tse peli tseo li neng li se li ile tsa bua pele.
HON. SENATOR S.K. MASUPHA: Ke kopa ho u hopotsa, Mohlomphehi, haeba u ntumella.
MR. VIE-PRESIDENT: Tsoela-pele.
HON. SENATOR S.K. MASUPHA: Ke ne ke hopotsana feela ka hore taba ena ea Motion oa Linare e ne e ile ea fella ho ‘na, eba ke fumana tlhaloso ea hore e tla re ha ho boetse ho tsoeloa-pele, ke tla qetella litaba tsa ka Mohlomphehi.
Ke ne mpa ke re feela haeba re ka ra hopotsanang, e ne eile ea fella mono, Mohlomphehi. Ke khopotso eo ke neng ke re kea e etsa ho uenaMohlomphehi, ka boikokobetso.
MR. VICE-PRESIDENT: Ua tseba u nepile Morena oa ka. Kea hopola joale. E ne e se e ka u ne u se u qetile. Kea hopola Morena oa ka.
E leng ho re re tla qala ka uena Morena oa ka u tl’o qetele litaba tsa hau joale re tle tsebe ho tla nka mekhahlelo e meng e hlahlamang. U ka tsoela-pele.
HON. SENATOR S.K. MASUPHA: Kea leboha Mohlomphehi. Ke u hlomphe, ke hlomphe Tafole ea hau le Litho tsa Senate, Bosebeletsi le bohle ba teng ka mona.
Ke ne ke se ke loketse hore ke phethele litaba tsa ka ka bokhuts’oanyane feela.
Tlhahiso ena ea Morena oa Linare ke Tlhahiso e bohlokoa haholo, eo ke bileng ke e ts’ehetsang haholo hobane e fahlolla ‘Muso, kapa hona ho o eletsa hore o hlokomele moo ebang litaba li sa tsamaee hantle, ‘Muso o li hlokomele, ‘Muso ona oa Motlotlehi.
Ehlile taba ena ke taba ea bohlokoa hobane Mohlomphehi, re tla fumana hore naha ea Lesotho ke phieo ka hare ho naha ea Afrika Boroa. Bophieo bono bo etsa hore re khinoe ke lintho tse ngata tseo re lokelang hore re li etse hore re ee linaheng tse ling tse ka ntle ho naha ea South Africa.
Taba eno tlasenyana mane o boletse hore ho lokeloa hore ho ntlafatsoe boemeli ba Lesotho ho Afrika Boroa.
Ke rata hore nke ke hopotse feela Mohlomphehi, hore ho kile hoa e-ba le taba mona ea hore Basotho joalo ka ha ke se ke hlalositse hore ke phieo kahar’a naha ea Afrika Boroa. Ha re lokela ho ts’ela ka mabaka a rona joalo ka ha Naha ea Lesotho hona joale e-s’o ka e its’ematlela ka mesebetsi, re sa ntsane re il’o batla lintho tse ling ka mose ka mono.
Ntho e bohloko ke ea hore leha u tla Ladybrand mona feela u lokela hore u sebelise Pasa. Taba eno ea ho sebelisa Pasa nako le nako u ntse u tsela e ntse e otloa ka setempe, ha u ea leha u khutla.
Re na le Basotho ba rona ba ahileng ka mane haufinyane le Lesotho. Ba phela ka teng empa bana le mesebetsi ka koano ka Lesotho. Taba eno ea ba sitisa le bona hore ba be le bolokolohi joalo ka ha re tseba hore naha ea Afrika Boroa e le naha ea rona, ‘me ha e le naha ea rona ho na le Basotho ba bang ba habo rona ba ratang hore e ka naha eno e ka nkoa ka tsela ea likhoka. Taba eno ha se taba e thabisang.
‘Na ke ne nka lakatsa hore ‘Muso oa Afrika Boroa le oa Lesotho e ne e ka ea lula fats’e; hoa shebisoa litaba.
E ‘ngoe ea lintho tseo li neng li ka tsa etsahala ke ea hore taba ena ea pasa libakeng tsena tse peli e nee ka felisoa. Re ts’ele feela, empa ka lebaka la hobane re le linaha tsena tse peli re na le litokomane tsa nako eohle tse sa felloeng ke nako, na e ne e ke ke ea e-ba bohlale hore re sebelise Litokomane tseo tsa rona naheng ea Afrika Boroa?
Ho na le linaha tse seng li entse Litumellano tse joalo hore ho sebelisoe ID (National Identity Card), joale Afrika Boroa le Lesotho li ka hloloa ke eng Mohlomphehi? Eno ke e ‘ngoe ea lintho tse ka re thusang hore motsamao oa rona kahar’a naha eno ea rona o be bobebe.
Ha ke tlohella eno Mohlomphehi, re na le bothata ka hare ho naha ea Lesotho ba mesebetsi joalo ka ha ke se ke boletse. Mesebetsi e sa ntsane e le sechaba se hole. Ha ho lokollotsoe joalo nakong ena eo re sa ntsane re leka ho iphumana, Basotho ba rona ba qetella ba etsa litlolo tsa molao, ba ts’ela moo ba sa lokelang hore ba tsele teng ka lebaka la hobane feela naha ea rona e na le mathata. Le tsona lipasa tseno tse lokelang hore li etsoe ho na le nako eo li felang. Ha li felile ha u lokela hore u e nchafatse ke mosebetsi o ts’abehang. Na e ne e ke ke ea e-ba bohlale, Mohlomphehi, hore taba eo e ke e eloe seli ka tsela ee eo ke seng ke e hlalositse, Mohlomphehi?
Ke qetelle feela ka hore, re le naha ea Lesotho, mesebetsi e mengata ka hare ho naha ena ea Lesotho. E mengata haholo! Eo ke utloang e ka ekare ha re ka ra ikitlaetsa ho eona re ka tseba hore re phele, empa ho shebahala mesebetsi eno e imela ‘Muso.
Ha e le mona e imela ‘Muso, rona re le ka mona re le Ntlo ea Senate, boholo ba rona re Marena. Ha re le Marena tjenana e ne e ke ke ea e-ba bohlale hore Marena le ‘ona a thusoe ka lisebelisoa tseo re ka tsebang hore re phethole masimo ana a Basotho?
Literekere ke tsane tseo e sa leng li fanoa ke Ma-China. Na e be ha re ne re ka ra fuoa literekere tseo, re li fuoe re se ke be ra li reka. Re li fuoe re le Marena. Morena e mong le e mong a fuoe literekere tse peli. Na e be taba ee e ne e ke ke ea thusa bofuma boo bo teng ka hare ho naha ea Lesotho?
Ke bua ‘nete. Ke ‘nete ha re ka ra sheba temo ea rona hore na e tsietsing e kae. Batho ba bang ba Basotho ha ba rate taba ena ea seahlolo. Ba rata e ka ekare ba ka sebetsa le Marena a bona. Na e be taba ee e kekeng ea e-ba e ‘ngoe eo ‘Muso o ka e shebang ka leihlo le nang le mohau hore re bone hore re thusa Basotho baa ka temo, re leme ‘moho re be re theoleloe le litjeho tsa mafura (diesel)?
Litre ea diesel e se e bile e feta mashome a mabeli ka lebaka la ntoa eane e entsoeng ke monna eane oa rona, President ea America. Hoo ho seng ho bile ho na le ntoa eo ho hlokomelehang hore ekare ntoa eno e entsoe ka boomo hore Africa e safare [e sekisetsoe].
Ha ke rate le hore ke senye nako Mohlomphehi. Ha ke behile lintlha tsena tsa ka tse peli, kea leboha e se e ka Tlhahiso ena ea Morena oa ka e ka sekeheloa tsebe ke ‘Muso.
Kea leboha.
HON. SENATOR S.H. MONATSI: Ke u lebohe, Ntate Vice–President. Ke lebohe Ntlo ena ea heso e Khabane ea Senate. Litaba tsena tse buehang kajeno ke litaba tse kholo haholo molemong oa sechaba sa Basotho Ntate Vice-President.
Rona seterekeng sa Mokhotlong re its’etlehile ka moeli oa Natala haholo. Basotho ba bangata ba tsoma likhukhu ka ho lona leno la South Africa. Pietermaritzburg, Durban le Underberg mono. Ba lula ba lelekisoa ba fetotsoe litali ka mono letsatsi le letsatsi ba se na phomolo ba ile mesebetsing.
Re ee ‘ne re utloe ha re tla Keresemeseng mona hore ba bang Durban mane ba ne ba hloloe le ho tla bona bana ba bona ba ts’oeroe mono. Taba ena e kholo haholo, ka ‘nete re kopa ‘Muso o e nkele likhato tse kholo molemong oa Basotho hobane Ma-South Africa ‘ona mona Lesotho a lutse hantle ka ‘nete ha ho na moo Basotho ba ba lelekisang. Ke bano mono seterekeng sa Mokhotlong ho sebetsoa le matamo mono. Ma-China ana a mang ha a na le li-work permit.
Mapolesa rea qopiletsa hore a ne a ke a fihle ka one bosiu mono a ka seche ka mono ka likomponeng. Ho na le batho ba se nang mangolo a tumello mono feela bana ba Basotho baa lelekisoa mono ha ba il’o tsoma litaba tsa bophelo.
Le ‘ona Ma-China a tl’o tsoma litaba tsa bophelo ka mono empa ha tla ka mokhoa o nepahetseng. A tla a t’setsoe kahar’a li-container a feta a nts’a qhaloa ka mono a fihla a sebetsa. A se a bile a okamela a fihla empa ho na le bana ba Basotho ba tsebang mesebetsi eno ea matsoho ka mono, ba be ba rute ‘ona Ma-China ana ha a qeta e be moshanyana oa Le-China o sa okamela Mosotho.
Ka ‘nete taba ena ke taba e kholo haholo Ntate Vice–President, le Ntlo ea haeso. E tlameha hore ka ‘nete re khothaletse ‘Muso hore o k’u nke likhato tse matla.
Taba ena ea Morena oa ka oa Leribe ka ‘nete ke taba e matla e tlamehang hore eme ka maoto joalo ka ha re apere lijase tjena, re hle re apare lijase ka thata ho bonts’a hore re bua ka thata hore oele ka ‘nete! Basotho ha ba mpe ba fuoe mohau ka ‘nete ba se ke ba sebetsoa hampe ka ho leno la boahelani.
Ka mantsoe ana joaloka motho e mokhuts’oanyane, Ntate, kea leboha, Ntate Vice-President, hore ebe u mphile sebakanyana sena sa hore e be ke kile ka re qa! qa! Tse peli tse tharo.
Ehlile haeso mane basali ba bangata le baroetsana ba hona ka mono ba sebetsa ‘me e lula e le liboko ba lelekisoa nako le nako. Ba ts’oaroa, ba koalloa lichankeng linyeoe tsa bona li sa tsoele-pele. Ha ba koalletsoe mono mapoleseng linyeoe tsa bona ha li tsoele-pele, li tla tsoela-pele kamor’a likhoeli tse tharo kapa kamor’a nako e telele ho hanoa leha re ba fa lijo ba bolaoa le ke tlala mono.
Taba ena ke taba e kholo ka ‘nete. Morena oa Leribe ka ‘nete o buile taba e kholo haholo molemong oa sechaba sa Basotho joalo ka ha e le Morena. Morena oa Leribe ka ‘nete o nahanetse Basotho bana hantle.
Kea leboha.
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ke u hlomphe, Ntate Vice–President, Tafole ea hau, Litho tse Khabane le Bahlomphehi.
Ke lekile ho shebisisa Tlhahiso ena ea Morena oa ka Morena oa Leribe, ke leka ho ipha kutloisiso, mohlomong le motho ha u sheba hore na u bona e ka e tla fihlela litsebeng tse utloang na, ‘me le hona litsebe tsena tse bonahalang li sa utloe na e be mohlomong mabaka ke afe e ka bang a baka litaba tseno, empa hee, eona ke Tlhahiso eo ho bonahalang eile eaba le boinahalo bo tebileng. Ea pele, e sekamela tabeng ea hore re ichebe ka hae ka mona hore re matlafatse le ho hlahisa mesebetsi. Eleng hore ha re ichebeng ’me ke bona a sa fosa haholo tabeng ena hobane machaba hona joale ka linaha tse fapakaneng, li bonahala li se li sheba ka malapeng li fokotsa ho sheba ka ntle, ntle le tse khalletseng ntoa feela.
Tse khalletseng ntoa li leba ka ntle li etsa meferefere, empa ho feta mona o boetse hape o re tabeng ena re its’ematlele ka mesebetsi. Mohlomong mokhoeng oa rona oa thuto le thuteho, litsebo tse teng re li sebelisa joang hore re tsebe ho fihlela ena ea ho icheba ka hae ea ho etsa mesebetsi. Ke nka e le taba e kholo eno ‘me ke tla khutlela ho eona.
Ntlha ea bobeli ke eona eo e leng khubu ea hore ha re se re itlhotse joale re ea malapeng a ba bang, le hore na ba re amohela joang. Taba ena e tla moo hangata re bitsang leano la machabeng pakeng tsa naha ea Lesotho le ea Afrika Boroa. Ke ‘nete hore re nka almost 80% ea lihlahisoa le lisebelisoa naheng ea Afrika Boroa. Joale empa rona ha re ts’oanela hore re fihle re tiise ka mokhoa oo Morena oa ka a buang ka teng hore ka mona ka moo re rommeng boemeli, joale rona re nke 100% ea strength. Ke hore team eo u fihlang u e kenya ka mono, matla a eona a be holimo mane hobane ke diplomacy ntho e ka re thusang ha re le strong hore re tsebe ho etsa bargain better.
Ka mantsoe a mang, tlhahiso ena ea Mohlomphehi, ntho eo ehlileng e re qholotsang ke hore na are we doing the right investment ho Missions tsa rona moo re isitseng Baemeli ba rona? Na ehlile re tsetetse ho lekana? Ke hlokometse hore re ntse re ba fokotsa batho bana ba rona bao re ba isitseng ho Missions. Ehlile rea fokotsa, ke bona feela e le taba e mona e tlang polelong ea Sesotho hore ha u batla hore u tle u atlehe, u kenye letsoho haholo katlehisong eno ea hau.
Ke hore ha ho na ka mokhoa oo u ka bang sehoai se jang peo. U ts’oanela nako ena kaofela ebe u khethile e nepahetseng. Joale mona ho Missions tsa rona re ts’oanela re ise peo e nepahetseng, the right skill, re shebile hore na hana rona mona interest ea Naha ea Lesotho e hokae.
Interest ea naha ea Lesotho ho naha ea Afrika Boroa ke hore e hlokomele Basotho ba Afrika Boroa, ‘me e bone Basotho ba Afrika Boroa ba phela ka khotso le ka boiketlo. Taba eno re ke ke ra e fumana feela haeba re se na batho bane bao re itseng ba be matla a lekaneng. Bona ba be 100% copied in terms of skills and negotiations tsa bona tabeng tsa diplomacy. Joale empa ha re ba nka hobane ba haila haholo re ba beha moo, ba tla re tlisetsa mohailo.
Ke hore litholoana tseo re li fumanang mona hona joale re etse bargain, ke hobane re isitse batho ba hailang in our foreign Missions. Ke bano ba ea haila hee, ha re a jeng mahaila ana a rona. Ke rialo hobane ke bona bothata boo re nang le bona.
Ntlha ea bobeli, taba ea rona ea likamano tsa Lesotho ho ts’ela malibohong e ntlha li peli hobane ka mona ka ha rona ka Lesotho, re tsamaea ka lebelo le lekanang le la sekolopata. Re tsamaea butle hoo e reng ha re ts’oanela ebe hona tjena re buile kamor’a taba ena ea Joint bi-lateral Commission eo re qetang ho ba le eona maoba mona e nang le lintlha tse lekholo le lethathamo le ka lehlakoreng la rona, leo re ts’oanelang re le khanne, joale le bane le bona ba khanne tsa bona, a! joale e ntse e le business as usual.
Re tsamaea joale ka ha eka ha re na mathata. Batho ba ts’oarang Basotho ka Afrika Boroa ke State Organs. State Agencies ha se monna oa Lezulu ea tsamaeang mono seterateng Umlazi. Ke lepolesa le fuoeng mosebetsi le sebelisang matla a molao, le ka laoloang ke Letona, le ka laoloang ke Paramente ea Afrika Boroa hore Lesotho is a different neighbor, it’s a special one eo re ka sebetsang litaba le eona.
Eleng hore hee, engagement eane eo ke buileng ka eona hore le rona boemong ba ‘muso, Foreign Affairs ea rona le Foreign Affairs ea South Africa ha li ntse li etsa ntho eane ea hore bona ba ka holimo ho rona, rona re ka tlase, we will have a problem.
Ntho eo Morena Joel a e buang mona, o re ha re shebeng taba ena ea likamano ebe re e nka e le taba ea bohlokoa. Ke nka likamano tsena tseo mohlomong kannete e ne e se eka ke utloa mong’a teng ha ho thoe Letona le ile la re ke likamano tsa monna le moshanyana. Ha nka ba ka mo utloa kannete, feela ke utloa ha ho s’o nts’o ho buuoa ka eona.
Joale empa mona hore re tlose taba eno kaha ha re ee ka lipotomane, ha re Iran, ha re America kapa Israel ka potomane tse tenya, joale ba lata ngoana monyenyane ea ipitsetsoang Iran.
Rona re ts’oanela re tiise ka hanong re be maemong a hore re utloisise litaba, re utloisise dynamics, re sebelisa le International Conventions tsa Landlocked Countries and Cliffs countries. Re ts’oanela re sebelise boemo bono machabeng.
Re ts’oanela re re through SADC rona ntho eo re e bitsang regional integration eo ho eona re boetseng ra tekena hore re sebetse ka eona. Let’s go and put our issue there, ha re loane le South Africa, ha re loane, Ntate. Re mpa feela re re o re hatile monoaneng, o hatile monoana oa maoto a rona.
We need somebody to say that. We need somebody ea matla ho lekana hore a tla bue ntho eno. Ke mang? Who is this person? Rea mo hloka, rea mo hloka motho enoa a tla tsebe ho ea bua taba tsena ‘me o tla li bua hantle a ts’ehelitsoe.
Honourable Lebese it’s a new task, Ntate eo re ts’oanelang re be le a new picture ea hore na katamelo ena re e etsa joang hore re bue litaba tafoleng because ke bothata haeba South Africa e re ho rona re e kenyetsa metsi ka moeli ka batho ba seng documented. Ke eng ntho e re sitisang hore re ka e sebetsa ‘moho le bona hobane le data ea naha ena ke eno re ntse re e behile Kroonstad mono ho bona.
Ke boemo boo ke reng litaba tsena re ka li sheba ka mahlo a fapaneng, ‘me ke re Tlhahiso ena ea Morena oa ka e kholo haholo hobane e mafapha a mangata. Ke creation of employment internally e boetse e bua ka relevant education, joale e bue ka taba ea labour migration. Ke litaba tseo re ts’oanelang re li shebe, re li bone.
Ke re Tlhahiso ena ea hae e matla haholo, empa e ‘ngoe eo ke neng ke batla ho qetela ka eona, ke hore Mohlomphehi Tona-Kholo o re ts’episitse mesebetsi e 60, 000 kapa 70, 000, hona mono. O re ts’episitse eona. Oa bona ha re se na monitoring mechanism ea oversight ea ntho, re re na kamor’a khoeli tse tharo ho s’o nkuoe ba bakae, kamora khoeli tse ts’eletseng o sa nkile ba bakae, taba eno e ne e tla etsahala haeba re ne re tseba hore re na le a relevant institution e etsang provide statistics, o na tla qala hona mona.
Oa bona hona tjee uena Mohlomphehi Vice-President u so hirile (2), u re bonts’itse (2) eo u e hirileng tsatsing lee, ke ho bolela hore ho setse 69,996.
Maoba re ne re bonts’oa ba bang hape ba tlileng mona ka Lihala-hala ba seng ba entsoe absorb, that statistics has to roll out se ee mane. Joale feela ha ho se na taba eno ea hore ho latelloe the decisions of the Prime-Minister, ho se na structure tse relevant, re tla lula re sa bone, re ipotsa lipotso tsa hore na ehlile was there a political will in this matter kapa ha ho na matsoho a etsang generate the data. Ha u se na data u se na lipalo, Bahlomphehi, u ke ke oa tseba ho etsa plan tse nepahetseng. U ke ke oa tseba ho etsa litlaleho tse nepahetseng hobane ntho eno e bonahala e re thusa haholo hore re bone, re bulehe mahlo. Re ke ke ra tseba ho e nepa.
Morena oa Lioli o buile taba ea bohlokoa mona, o’a tseba u nepile kae Ntate Sempe? O re motho ea nang le proximity to the land, ea pela mobu ke Morena. Motho ea tsebang boemo ba mobu, ke Morena. Joale o re a thusoe hore a sebetse mono. Che ‘na nka ‘na ka re ba se ke ba u fa terekere Morena oa ka hoba u tla sitoa ho e lokisa.
Feela ba kopane le uena ba tle le tsona ba fihle ba kokote mona ha hau joale u re ka bahlanka ba bosupisi bo teng ‘ha re baleng na re na le mobu o mokae mona, ekere ea rona re e sebetse, ebe ha re ntse re sebetsa re re “lona le ea tla,” uena u s’o nts’o tseba batho ba hau, u tseba Marena a hau. Marena a hau a tseba sechaba sa hau, sechaba sa hau se tseba mobu oo se o ts’oereng.
Joale u ahe likomitjana tsa boemo bono ka ka Ofisi ea Borena ba Sehlooho, ka Morena oa sebaka, le ka Ramotse re tsebe ho tseba na mona re lemme eng, e tla tsamaea joang.
Joale re se ke ra fella mono moo batho ba tla ikaba ka ‘maraka le hore na ha li tloha mono tabeng ea storage, tabeng ea ‘maraka li tla tsamaea joang, e leng logistics tse li tsamaisang. Taba eno ha re ka ra e nepa mono, mesebetsi eo re tl’o e etsa mona e tla ba mengata hobane ba litsebo tsa temo, e le tsa ka sekolong, kapa e le tsa ka ntle ho sekolo, re tseba ho ba sebelisa sebakeng seo ba phelang ho sona. Le food processing re tla be re e entse mono. Re tla e sebetsa mono e tsebe ho ea limmarakeng e tloha mono.
Ke bona eka Ntate ha le ka e hokanya mono, re tla e nepa taba ena. Temo ka boeona feela e na le matla le capacity. Ka boeona feela e ka hira batho ba fetang 2000 kahar’a naha ena.
200 000 jobs re ka li etsa ka 2 years. Le ka budget ena feela ea M3 billion e ka behoang aside to respond to that e tla be e qetile tabeng ea temo le tlhahiso. E qetile le processing, storage, logistics and packaging. Ha re ka ikhama hanngoe, ra itima tsena tse ling selemong seno sa budget, ho M3 Billion eno re ba joetse hore re ea ba tima, re eeng ka temong feela re etse infrastructure e lekaneng ho etsa run budget ka nako eno hore ba tle ba tsebe ho e sebetsa.
Ke mpa ke re Tlhaiso ena e kholo haholo hle. Ntate Vice ke ne bile ke sa lebella hore motho u tla hlaha ho eona hobane ke ile ka e baleha maoba ka mabaka, empa ke ena ke e fumane, le ‘na ke ts’ehetse.
Kea leboha.
HON. SENATOR Q. SEKONYELA: Ntate Vice ha ke u hlomphe Ntate le Tafole ea hau le Litho tse Khabane.
Ke shebile Tlhahiso ena ea Morena oa Linare ka mokhoa o hlokolosi le hona ka e bala ‘me Ntate ke ithutile hore Naha ena ea boahelani hore moruo oa eona ho tloha sethathong o qaluoe ke Basotho ba Lesotho mona limmaeneng mane.
Motho u mpa u makala morao tjena hore na ebe ha re ne re qala tjena ebe moraong ona e mong oa South Africa ha a bona Mosotho ka mono e se e-ba sa ntja le katse.
Ntate u tla hlokomela hore ka hare ho naha ena re na le bana ba Basotho ba seng ba na le litsebo tse ikhethileng haholo, mohlomong ebile ka nako e ‘ngoe re ithutile ka tsona hona mono South Africa limmaeneng.
Li-Mines ke tsena ka hare ho naha ena li tinngoe bana ba Basotho, li fuoe bona ba hlahang hona koana. Litsebo tsena tsa bona o’a ipotsa hore na bona ba tla sebetsa kae ka tsona haeka leha ba tlameha ho sebetsa hona ka mane joale e-ba bothata.
Ea bobeli, re na le bahoebi ka mono ka Borokhong, le ka Station ha el e ha ‘mamorao ba ts’elela hona Ladybrand mona. Ke hore na chelete ee eo ba e kolletsang ka hare ho naha ee, ebe ba e koalla ka hare ho naha ee kapa banna ba ea le eona hona mola?
Haeba ha ba e koalle mona, ba e koalla ka mola? Na naha ee ea bo-rona e tla khona ho tsoela-pele boemong boo re siileng taba tsa lipapali?
Ke bona Naha ena e sa li nkele hloohong. Ke tse ling tsa likhoebo tse ka phelisang bana ba Basotho eaba mesebetsi e hlaha hona mono. Taba ena Ntate e kholo haholo.
E ‘ngoe ke ena ea bo-ralimmaene ke hore haesale e le lilemo re sebetsana le taba ena. E se eka li ka hlatsuoa kahare ho naha ka mona. Ha li tsoa ka hare ho naha ee li se li rekisoa, ho tla be ho hiruoe bana ba Basotho mono e le bona ba etsang polish kapa hona ho li hlatsoa.
Ntate Tlhahiso ena ea Morena oa ka e kholo haholo, e se eka e ka oela tsebeng tse utloang. Le hona ba ke ba lulele litaba ‘moho. Seboko sena seo re se utloang ka bana ba Basotho naheng ena ea boahelani ha se jese litheohelang ho hang.
Ha ke buile hakana, kea leboha Ntate.
HON. SENATOR L. KHOAELE: Kea leboha, Mohlomphehi Deputy President.
Litho tse Khabane, ke batla ho bua joale le ntse le nkena ka pele ka mona. Haik! Kannete ke ne ke batla hore le ‘na ke ts’oaele holima Motion ona o moholo haholo oa Morena oa Leribe.
Ha ke tsebe hantle hore na o nahanne joang ka thata hakana hore a fihlele ho etsa likhothaletso tse tjena hobane ha u sheba tsela eo a qalileng ka eona, ha a tsetselele haholo hore Basotho ba hauheloe ba ts’oaroe hantle Afrika Boroa.
Ntho eo a qalang ho e tsetselela haholo ke hore ‘Muso oa Lesotho o behelle ka pele taba ea ho hlahisa mesebetsi.
Muso oa Lesotho o behelle ka pele hore Basotho litlhoko tsa bona tsa mantlha li bonahale ba li fumana ka hare ho naha ea bobona. O tsoela-pele o re ‘Muso oa Lesotho o bonahale o behelletse ka pele hore lits’ebeletso tsa bophelo li fumanehe ka hare ho naha.
O qetella ka hore maemong ao ebang ba se ba le ka ntle ho naha, eleng naheng ea boahelani, ho bonahale litokelo tsa bona tsa mantlha li sireletsehile le boiketlo ba bona, ka ho lokisa matla a boemeli ba Naha ea Lesotho Afrika Boroa e le hore ntho e kholo mona Bahlomphehi e Motion ona ho e aka ‘na e o phuthetseng ke hore re lokela re le nah aka ‘Muso o teng taba ea tlhahiso ea mesebetsi kahare ho naha ka mona le mekhoa ea boipheliso e bonahale e le taba ea bohlokoa, e le taba eo ‘muso o e be helletseng ka pele, e le ts’ebetso ea letsatsi le letsatsi ea ‘muso moo ho bonahalang ho shejanoe le hore Basotho ba fumane mesebetsi, mekhoa ea boipheliso ka hare ho naha ea bo bona.
There are many sectors tse ka sebelisoang tsa etsoa stimulate hantle ka budget e nepahetseng, ka models of implementation ho bona hore mesebetsi e ea hlaha. Ho re mesebetsi e be teng ha ho bolele hore feela batho ebe ba hiriloe kahar’a formal sector. Ho tlameha ho etsoe strengthen civil society, strengthen litaba tsa temo le tse ling kaofela tseo batho ba ka tsebang hore ba sebetse ho itlhahisetsa ba be ba iketse self-employ.
‘Muso hantle ha ho nepahetse ha hoa tlameha e be oona the first employer kapa the largest employer, kaha mosebetsi oa ‘muso is to create a conducive environment for the civil society to thrive.
Taba ena ha e le tjena e bolela hore ha ba lokisitse hantle melao ea mekhoa ea ts’ebetso – ba batalalitse mabala sebakeng sa bahoebi, ho ba bonolo hore bophelo bo be bonolo, batho ba hire, ba hirane, ba hlahise mesebetsi.
Taba ea bobeli eo ke batlang ho bua ka eona ke ea hore meralo ea naha e na ea Lesotho ha e etsoa, u e mamela, u sheba the budget, ke meralo e metle bona bo haesale! The policies are good. The budget ha u e sheba e etsoa present maoba mona ka the Appropriation Bill, e shebahala hantle hona ho haesale! ‘Me ha e ka kengoa ts’ebetsong ka ts’obotsi eno eo e shebahalang ka eona, ea kena ts’ebetsong ka tsela eo e entsoeng present ke Letona le Khabane – motho u sitoa ho bona hore na selemo sena ha se fela phetoho baneng ba Basotho e tla be e le sieo joang.
Ho ba le phase e hlahlamang ha ho qetoa ho baloa the Appropriation Bill. Ke phase ea implementation. Ho tlameha, ka pelaelo ea ka, ho na le moo khoele e khaohang lipakeng tsa Appropriation Bill and implementation, hobane ha re tsoa ka nq’ane ha u bone ntho eo budget e e buileng e re e tl’o e fihlela e feela e e fihletse.
Hona le moo phoso e leng teng, ‘me taba ena ea ha ke re ho na le moo phoso e leng teng, it doesn’t start now, ke taba ea khale budgets li ntse li baloa; re fetela selemong se hlahlamang ho nts’o baloa ntho e ts’oanang ho ntse ho na le gap e teng.
Taba eo ke batlang ho ea ho eona ke ena e ileng ea buua ke Honourable Motsamai ea hore re tlameha ho ba le mokhoa o hlakileng oa monitoring and evaluation ea litaba tsa rona. You have the budget and it is proper, e shebahala hantle, feela ha e tsoa ka nq’ane e tsoa ho sena phethahalo ea seo u neng u se ralile.
Phoso e hokae? U tla tseba ho etsa pick hantle ha u entse strengthen the processes of monitoring and evaluation every step sa ho kenya ts’ebetsong hoa budget eno hore se be le team e hlokolosi e se beileng leihlo, e se hlahlobang nako le nako na se ntse re ts’oere thifa.
Ke hobane, bahlomphehi, ho na le taba ea temo, ‘me ha ke tsebe hantle hore na ke pina eo re sa boneng bohlokoa ba eona hakae, empa ke lula ke ipotsa hore na hantle ha ‘muso o etsa subsidize lisebelisoa tsa temo na ke hoba ntho e reruoeng hantle ke eng le hore na Basotho ha re lema morero oa rona ke ho hlahisa re hlaisetsa eng!
Ho na le tlhahiso eo economically u il’o hoeba, hona le e subsistence moo u lemang u tsebe ho phela – taba ke hore na Basotho ha masimong moo ho entsoeng subsidize lipeo kapa li sebelisoa tsa temo, what is the motive, the intention? Ke ho re Basotho ba il’o hlahisa economically ba tsebe ho hoeba re be boemeong ba moo re tsebang ho iphepa re le naha re be re salloe or the whole purpose ke efeng?
Taba eo ke belaela ha re ka e utloisisa ho tla ba bonolo hore ‘muso ha o kenya its strategies ts’ebetsong, tsa ho aba lisebelisoa tsa temo, ba tla aba ka sekhahla se lekaneng to fulfill hoo eleng morero oa ‘muso ka temo. Haeba re re temo ke mokokotlo oa naha, hobane temo re ka tseba ho hlahisa, ra iphepa, ra rekisetsana, ra etsa export, taba ena e bolela hore ehlile joang kapa joang ha temo ea rona e le maemong a nepahetseng litaba tsa malnutrition li tl’o fela – ‘me ke mokokotlo ha ele joalo.
The question is, na ‘muso priority ea teng ea ho etsa subsidize kapa ho kenya letsoho litabeng tsa temo na e ne e le ha ho fihleloa eng? Basotho ba fumanang subsidy eo, bona ba hlahisa ka sepheeo sa ho etsa’ng? ‘Me haeba ke sepheo se economical e bolela hore e tla ba e ‘ngoe ea sector tse kholo haholo tse ka tsebang ho re hlahisetsa mesebetsi ra ikhira, Basotho ba ba tseba ho hirana ka bobona eaba re emisa ho il’o kotula li poone, merara ea maburu le liapole tsa bona Ceres, joale re tl’o kotula naheng ea bo rona moo re seng makhoba kapa re sa pheleng ka bokhoba.
Mane moo ba tsoang ho il’o kotula teng ke moo banna le basali ba bang ba lemmeng, rona re se re ea re e’o kotula. Ba phela bokhoba ho tloha ka mokhoa oa ho lula feela ha ba fihla ba lula kahar’a ntlo e bulehileng e arotsoeng ka li plastic ho lula monna le mosali.
We cannot hold South Africa accountable hore lokisetsang batho bano ba rona ba lule hantle mono moo ba ntseng ba kotula li apole teng! We cannot say that to them because le bona they are maximizing opportunity of illegal immigrants tsena tsa Basotho tse balehang lephako kahar’a naha ea bo bona.
Joale empa in a situation where naha ena ea bo rona e ka hlahisang ho lekana, nakong eo re fumanang monyetla oa li subsidy, joale ka boikemisetso ba lihoai tse teng ba hlahisitse ho lekana, re tla tloha mona Maseru re il’o cho Mokhotlong re ntse re pota-pota kahare ho naha ea rona re il’o kotula lihlahisoa tse hlahisitsoeng ke Basotho.
Ke mokhoa ona re hlahisang hanyane hoo re khonang le ho bona hore liapole li hlahisoa kae le kae, re bala libaka tse peli kapa tse tharo, li lamuni le eng kaofela tse ka hlahang kahar’a naha, because we are not at the position yet.
HON. SENATOR R.P.L. PEETE: Kea leboha.
Ke ne ke re potso ea ka ho Mohlomphehi Setho se Khabane eo ke utloang a ts’oere hantle ka makhethe a ts’abehang – ke utloa e le Setho se lishoto haholo!
Ke ne ke ne ke re feela a re eletse kapa a hlahe Ntlo ena e Khabane leseling ha a ntse a re ho hlahisoe haholo re ee Leribe re e’o kotula – hore na, Ntate, u ile ua hlokomela hore selemong sena seo re tlohang ho sona Basotho ba ile ba hlahisa haholo mabele le lijo thollo tse ling eaba ‘muso o etsa khahlametso ea hore Basotho ba il’o rekisa, empahoa fumants’ahala hore Basotho baa ba Molimo ha ba rekise, ho rekisa lona feela ba likotlo? Li-truck tsa lona li fihla li ema moo li rekisa, lona bakhethoa ka li truck tsa lona tse kholo, ebe Basotho ba Molimo ba tlang ba jere makopo-kopo ka bobeli, ka boraro, eaba bona ba koalloa hothoe ho se ho rekuoe haholo?
Na u bona eka taba ee ke bothata kapa ke molatsoana oo re tlang ho o ts’ela?
HON. SENATOR L. KHOAELE: Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa President.
Ke ne ke re potso ena e bohlokoa haholo eo Morena oa ka a mpotsang eona. Ha ho na tsela eo ha o le mobusi o ka bang le strategies feela tsa ho hlahisa haholo o sa bula ‘maraka.
‘Muso o tlameha ho ikemisetsa hore ha Basotho ba hlahisa haholo, Basotho ba etsa react hantle litabeng tsa tlhahiso, joale ‘maraka o be sephara, ba koale taba ea ho etsa import lijo ka litheko tse amanang le tseo Basotho ba itlhaisetsang tsona.
Hantle ha ke ne ke bua ke re re tlameha ho utloisisa hantle hore na ‘muso o n’o habile kae ha o etsa subsidize temo, o ne o batla eng, so haeba o ne o batla e be economical taba ea tlhahiso ea masimo e tlameha e tsamaellane le ‘maraka moo lijo tseo li il’o rekisoa teng o pharalle ho lekana ho ananela sekhahla sa tlhahiso ea Basotho.
Ke bona eka ke tla lahla thifa ha nka ka ea ka bana ba bang. Tebello ea ka kapa tlhahiso ea ka ke hore ‘muso o ele hloko hore Basotho, joalokaha Morena oa ka a se a chulo, ha ba arabela their priority ea hore agricultural sector must be strengthened, e be economical joale ba lokise le pharalatso ea ‘maraka. Ha hona taba e bohlokoa ho feta ena eo Morena oa Leribe a e buileng ea hore Basotho ba tsebe ho fumana litšebeletso tsa bona tsa mantlha kahare ho naha ea bona.
Ka lebaka la hore ke se ke ka bua nako e telele ke hore ke mpe ke fetele haholo tabeng ea bophelo. Bahlomphehi, kea kholoa le utloile ha re sala litaba tsa naha ena morao hore boholo ba chelete ea naha ena ea Lesotho litsing tsa bophelo e hoholeha ka sekhahla se seholo haholo ho ea South Africa moo teng e patalang lits’ebeletso tsa kalofo ea Basotho. Kahare ho naha re na le sepetlele se seholo sa Maseru se theotseng kapa se atamelitseng haholo lits’ebeletso ho Basotho, hape re na le sepetlele sa Mofumahali Mamohato, e leng referral, seo ha ho le thata batho ba isoang mono. Joale empa boholo ba chelete ea naha ea Lesotho e ntse e ea South Africa ho il’o kenya ts’ebetsong kalafo ea Basotho.
Taba ena e malimabe hobane chelete e fihla e fela e on the budget ho bo pataloe ka arrears e be qetelletse e qabantse ‘muso ka makala a fapaneng, hobane ho sa utloisisehe hore na ke chelete e ngata hakae e tsoang kahar’a naha ena e tsamaela feela ho il’o oka batho. Selemo le selemo – ntle le taba ea hore ho etsoe budget ea litaba tsa bophelo tsa hore batho ba ee linaheng tse ka theko ho il’o fumana kalafo ho boetse ho ba le chelete e hoholehang e sa raloang hore e tsamaee ho il’o bonoa hore e alafa Basotho kantle ho naha.
Re re ehlile ke bua ka lentsoe le le leng le Morena oa Leribe kea tlatsa, u tsoe ntate Motsamai! Ke re ka ‘nete ho bohlokoa hore muso oa Lesotho o bone hore budget ea ona boholo e tobisoa ho infrastructure ea Lesotho re be le li cancer center ha e ntse hauoa, Lot of budget e tobisoe teng cancer center e fele and many other centers tse hlokahalang tsa kalafo ea Basotho li etsahale kahare ho naha. Re emise ena ea chelete e ngata hakana hore ebe e tsoe kahare ho naha e il’o alafa Basotho.
Re ka mpa ra e sebelisa ka bongata ho lokisa health infrastructures, health facilities li be boemong ba hore re ba okele kahare ho naha ea rona, re bona hore re etsa procure medical equipment e ka tsebang hantle hore e alafe Basotho e ba alafela kahare ho naha ea bona. Re bona hore re hlahisa le ho hira the specialists tse tsebang ho sebelisa those equipments ho alafa Basotho ba alafeloa kahare ho naha ea bona.
Ke mpe ke qetelle ka ena ea hore Basotho ba seng ba tsoile ba le naheng ea boahelani re mpe re bone hore re ntlafatsa bosebeletsi ba kemili ea Lesotho machabeng, re bone hore re sebeletsa hore melao le melaoana e katang boiketlo ba Basotho e kena ts’ebetsong hantle kahare ho naha eno. Yes, taba eo kea bohlokoa haholo, empa we have to ensure hore Basotho ba naheng eno ke Basotho ba naheng eno ka molao, ba nang le litokomane tse nepahetseng, hobane ho ba thata ho buelella motho a seng a ntse a le kahare ho naha eno ka theko ho molao, hobane ke setloli sa molao.
Ha re re naha ea Lesotho ka boemeli ba eona e hlokomele batho bao e seng e ntse e le litloli tsa molao, e bue le naha ea South Africa, re bua ntho e thata. Ke mokhoa ona Basotho ha ba fumana mathata naheng ea boahelani ba sa batleng any legal protection from the law enforcement agencies. Ha ba betoa, ba khakhathoa, ba hlaheloa ke mathata ha ho thoe ho bona- ha ba balehele mapoleseng hoba ba il’o ts’oaroa ha ba fihla mono, hobane ba lutse ka theko ho molao, ha ba na ho ea to their embassy, hobane ba tlotse molao.
So, the most important thing ke hore naha ea rona le eona e bone hore batho ba eona ha ba tsoa kahare ho naha ba tsoa ba e-na le litokomane tse nepahetseng, tse ba lumellang ho phela naheng ea bohaelani, hobane ka tsela eo ba nolofatsa hore agencies tsa rona li etse safeguard their welfare.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Ke ne ke batla ho bona hore na ha hona ea reng letho, empa ke bona eka le khotsofetse ke tsela eo ba buileng ba behileng ka eona lebitsong la lona.
Ke ne ke nahanne hore in the absence of mong’a Motion, e leng Morena oa Linare, ke nahanne hore Morena oa Manka o tla be a se a kena lieteng tseno a ke a phethele ho ananela botle bona bo entsoeng ka koano.
HON. SENATOR P. MATHEALIRA: Kea leboha, Motlatsi oa Motsamaisi oa Lipuisano tsa Ntlo ea Senate le Litho tse Khabane.
Ke ema mona ele hobane ke ile ka tlatsa joale ke hle ke phuthe. Ha ke na litaba tse ngata; litaba tsa ka ke ile ka li bua ha ke ne ke tlatsa mong’a tlhahiso. Le hona ke ne ke ts’ohile ke bona e ka e tla oelella!
Letsatsing lena re ke re etse litaba tsa formality feela kea kholoa tsa ho phutha liqola tsa mong’a tlhahiso ena, kaha e se e le ea rona, ea Ntlo kaofela.
Ha ho moo ke eang teng, empa ke taba ea hore feela bohle Litho tse Khabane tse buileng le tse sa buang kea tseba hore tlhahiso ena le e shebile ka leihlo la boetapele, le bone boholo ba eona, ‘me le re thusitse ho re fa lintlha tse ling tse kholo ho tlatseletsa le ho bonts’a hore le tsotella Basotho, ‘me rea leboha; re ‘ne re sebetseng joalo le ka mehla litlhahisong tsohle tse hlahisoang ke Setho se seng le se seng sa Ntlo,
Kea leboha, Mohlomphehi.
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha Morena oa ka, Litho tse Khabane lea hopola hore kajeno ke Labobeli, ‘me ha e le Labobeli, ke letsatsi leo e leng tulo ea Matona, e leng Cabinet Sitting.
Ha ho ne ho se joalo, ka ‘nete ho ne ho hlokahala hore e be Cabinet e emetsoe, leha e le Letona le le leng feela. E le hore ba ke ba tl’o utloa mashoetla, boeletsi bo bohlokoa ka tsela e khethehileng, bo matla bo filoeng Lekhotla la Matona, bo iloeng ‘Muso ona o khabane.
Hore na o hlahlelletsoe joang, o ke o il’o sebetsa litaba tsena tse amanang le likateng tsa Tlhahiso ena ea Morena Joel Mots’oene. Ka ‘nete ke utloile e le litaba tse bohlokoa ka tsela e khethehing, tseo ‘na ke utloang ekare ho ka nepahala hore kaha le buile litaba tseo e leng hore they are cutting across all Ministries. Le buile ka litaba tsa temo, ‘me la hla la toboketsa haholo holim’a tsona, la hla la beha monoana holim’a tsona.
Le buile ka litaba tsa Bophelo, tsa Temo, tsa Merafo, tsa Machabeng, le buile le ka litaba tse ngata haholo Litho tse khabane. E leng ho re ke litaba tseo ha u ne u bitsa Bahlomphehi matona, u ka bonang hore re ne re ka mema the whole Cabinet kapa fifty percent (50%) ho re e tle ka koano. Empa that may not be easy hore ba tle kaofela. ‘Na ke bona ho le bohlokoa hore re tle re etse tlhophiso ea hore re ba fe the highlights tsa litaba tsena tseo re li buileng ka mona. Morena Masupha, Morena oa Lioli o buile ka hore e le ho rarolla bothata bona bo teng, ba movement oa Basotho ho ea ka mane, ‘Muso o ke o shebe the possibility ea ho sebelisa likarete tsa boitsebiso rather than passports.
‘Me taba eno eo a e buang ha se mohlolo hobane ka hare ho SADC ka mona hona le linaha tse se ntse li etsa taba eno e joalo. It is just a matter of ho kopitsa hore na ba entse joang, re tsebe ho latela litaba tseno, re tlo sebetsa ka tsona. Ho builoe ka litaba tsa tlhahiso ea mesebetsi. We may not invite all Ministers, ha re ba file the highlights, joale ba fihla ba li fumana, one Cabinet Minister a ka tla ka mona. A tle, a ke a tl’o etsa address Ntlo ka litaba tseno tse builoeng, ho utloa hore na o li utloa li le joang. Ke utloa e le litaba tse mashoetla bona boo haesale, I can list them ka etsa letoto le letelele feela, empa feela hee, nkeke ka etsa joalo.
Ho buue ka litaba tsa monitoring and evaluation. Hoa buua ka litaba tsa chelete e hoholehang. Ke ntse ke hopola ena e ne e buua ke morena oa Malingoaneng. Chelete e hoholehang, e tsoang ka hare ho naha ka mona e ea kantle, ka sebopeho sa hore batho ba melata ba nang le likhoebo ka hare ho naha ena boholo ba bona ha ba lule ka hare ho naha ena, mantsiboea ba tsamaea ba ea Ladybrand le Ficksburg, and pelaelo ke hore le chelete ba tsamaea ka eona ba il’o e banka ka mane.
E ‘ngoe eo motho u ka e belaellang kapa eo u e tsebang ke hore ba bang ba bahoebi bano ba joalo ba melata, ha u ka re u il’o sebelisa karete ho etsa swipe-ba hana. Ba batla u patale cash. Mokhoa ona oa ho sebelisa cash ke o mong oa mekhoa e hlokolosi haholo kapa e meholo haholo ea ho etsa avoid tax. Ke hobane u tseba hore u etse qhekello ho ‘Muso. U b’o bolelle hore ha oa etsa chelete e lekaneng, hobane joale ha U etsa lintho tsena tse electronic, li tl’o bonts’a hore na u fumane chelete e kae. Empa ha mokhoa e le oa ho sebelisa cash, u atleha ho pata boleng ba chelete eo u e etsang, ‘me uatleha hore u bolele hore u entse litsoala tse nyane, ‘me u ke ke oa patala lekhetho le leholo.
Ka ‘nete ke utloa le buile litaba tse kholo Litho tse Khabane, kea le leboha. Ke utloa e ka re re tlameha re ke re etse tlhophisohore e mong oa Bahlomphehi Matona a ke a fuoe the highlights tsa litaba tseo le li buileng ka mona. E be ho tloha ka tsane tsa nako e fetileng pele re phomolela Paseka, ho fihlela ho tsena tsa kajeno. Ba lokela ba ke ba tl’o tla ba re etsa address ka litaba tseno, hore na maikutlo a bona ke afe. Hore na ke life tseo ba utloang eka ekare they can consider them, le hore na ke life tseo ba utloang e ka re they will not be able to implement them. Lintlha tsena li bohlokoa haholo hobane ebile litaba tsena, li etsahala at the beginning of the Financial Year.
Ke ne ke re Litho tse Khabane le ntumelle ha ke chulo joalo hore ke behe taba hore ‘Ntlo ena e Khabane ea Senate e khothalletsa ‘Muso hore tlhahiso ea mesebetsi le kholiso ea moruo, ebe lits’iea tsa mantlha tsa puso, hore Lesotho le tle le its’ematlele le se its’etlehe ka Afrika Boroa ka mesebetsi, le hore ho matlafatsoe mafapha a Bophelo le Thuto, kaha a tla fokotsa sekhahla sa Basotho ba ts’elang malibohong, ho ea batla lits’ebeletso tsa mantlha ka ‘nqane ho naha.
Hape ‘Muso o matlafatse lits’ebeletso tse fanoang ke Ntlo ea Boemeli ba Lesotho Afrika Boroa, sebakeng sa tlhokomelo le ts’ireletseho ea Basotho ba leng ka naheng eo.
Question put and agreed to.
RESOLVED:
“That this Honourable House urges the Government of Lesotho to prioritize job creation and economic diversification in Lesotho, in order to reduce reliance on labour migration to South Africa, expand access to quality health and educational services within Lesotho. Thus, reducing the need for citizens to cross borders for basic needs, and strengthen Consular services and legal support for Basotho migrants in South Africa by negotiating bilateral labour migration framework that will safeguard their rights and welfare.”
MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Litho tse Khabane, ke utloa eka Tlhahiso ena ea Morena Joel, a ts’ehelitsoe ke ‘M’e Mofumahali Mathealira, e ananetsoe ke Ntlo ena e Khabane. ‘Me ha e sa le Tlhahiso ea bona, e se e le Tlhahiso ea Ntlo, ‘me joalo ka ha ke se ke hlalositse, ho tla ba bohlokoa hore re tle re kope ‘Muso hore ba tle ke ba tle, ba tl’o etsa address, hobane ha rea lokela hore re ‘ne re eletse feela joalo re eletsa moea, ba sa fumane litaba tsa rona Litho tse Khabane. Re e fetile taba ena Litho tse Khabane.
Re na le Motion oa bobeli, ‘me ke ne ke kopa hore le o fuoe, o ntse o le Pampering e Tala. Ke ne kopa hore in the absence of the Leader of the House, ke utloile eka re ne re hlophile hore re tle re fumane motho ea tla re tataisa. Ke utloile e ka ke Dr Lebese.
Question that Standing Order No. 31(3) be applied, put and agreed to.
URGENT MOTION
59. SHORT ADJOURNMENT
HON. SENATOR DR T. LEBESE: Kea leboha MR. VICE-PRESIDENT le lona Litho tse Khabane. Ke ema mona ka the Notice of an Urgent Motion oa 59, o balehang tjena:
‘That this Honorable House when it rises today, Tuesday, 14th April, 2026 do adjourn until Tuesday, 28th April, 2026 at 10:30 a.m. in order for Senators to attend the following activities:
- National AIDS Commission workshop, from 15th to 17th April 2026 that will be held at Mohale Lodge. It will be a one-day engagement between the Meeting of College of Chiefs and the Ministry of Local Government and Chieftainship Affairs.
- Home Affairs and Police Meeting. And, that it will be held on Tuesday the 21st April at Lanc ers Inn, in Maseru.
- The Official Opening ceremony of the Senqu Bridge to be held on the 22nd April 2026 at Sekokong in Mokhotlong.
- Green Land Farm Supplier’s Agricultural show, to be held at Ha ‘Masana on the 23rd April, 2026.”
Mohlomphehi, kea sisinya.
MR. VICE-PRESIDENT: Ho na le a mo tlatsang? Honourable Kanetsi.
HON. SENATOR M. KANETSI: Ke u hlomphe, Motlatsi oa President, Litho tse khabane le Tafole ea hau, le ba teng. Ke ema mona ho tlatsa Ts’its’inyo ena ea kajeno.
Ke lintlha tse ‘Ne kaofela tseo Motion ona o li jereng. Ka ‘nete ke Motion oa Litaba tse bohlokoa haholo, molemong oa hore re ‘ne re ntlafale ka boithuto, e le hore re se ke ra salla morao.
Litaba tsena tsa HIV AIDS, ke litaba tse bang le liphetoho tse ngata from time to time. As such, e boetse ke litaba tseo re lokelang hore re fuoe hore n’a tsa morao-rao li se li eme joang, le lipheko tseo e ka bang li se li fungoanoe li eme joang. E le hore re se ke ra salla morao, empa hoa bohlokoa hee ke hore re tle re ho fetisetsa litaba tse joalo sechabeng seo re se etsang lead, ho re liphetoho tse joalo lesona se li tsebe.
E ‘ngoe ke eona ena ea hore ha ho e-na le litaba tse ka reng tsona tsena tsa Official Opening, tsa marokho le lintlafatso tse ntseng li etsoa, re le Ntlo ehlile re lokela ho ts’ehetsa litaba tse joalo, hobane ke litaba tse kollang kahar’a Matlo ana e le Lits’isinyo. E leng ho re re lokela ho li ts’ehetsa. Ka mokhoa o ts’oanang le ts’isinyo ena ea bone Mohlomphehi oa ka, ena ea Show ea litaba tsa temo, le eona ke e bohlokoa haholo, hore re ee ho eona, re bone hore n’a Basotho ba ntse ba etsang mesebetsing ea bona ea temo ka ho fapakana. Ebang e ka ba ke Lintlafatso tse ntseng li hlaha, tseo e bang mohlomong ba ntse ba sebetsana le tsona. ‘Me hona, e tla be e le oona mokhoa oa hore re tle re fane ka ts’ehetso eo ba e hlokang lintlheng tsa lipeo, tsa melao, tsa budget le tse ling tse seng li boletsoe.
Ka hona, ke tlatsa Ts’isinyo ena Mohlomphehi.
Kea leboha.
Question proposed.
HON.SENATOR S.K. MASUPHA: Kea leboha Mr. Vice-President. Le ha ke hlokomela hore khoeling ena, ho shebahala eka Business ea Senate ha e-na ho ba teng hohang, empa ha e etsoe feela, e etsoa ka mabaka. Taba ea hore re il’o intlafatsa ka litaba tsa HIV/AIDS, rea tseba hore lefats’e le se le hatetse pele haholo ka pheko ea lefu lena. ‘Me ke lumela hantle hore ke rona ba pele baetsi ba molao, ebile re le Marena, re ke re il’o hlalosetsoa ka litaba tsena, re hlahlelloe hore na tse etelletseng pele li hakae, kahar’a lefapha leno la toants’o le thibelo ea kokoana-hloko ea HIV/AIDS.
Hape leha Mohlomphehi oa ka, ‘M’e Kanetsi a behile lintlha tsena kaofela, ke bona a sa hatelle ena ea Marena. E leng ho re ekanna eaba, ha a busoe moo a lulang teng. Che! Leha ho le joalo, ke mpe ke re feela ke e behe ka tsela ea hore le fahloa le shebile. Taba ena ea lintlafatso tsa naha ea Lesotho tse kang marokho ana a moholo, borokho bono nkile ka bo bona ha bo ntse bo ahoa. Ka’nete Basotho ha re es’o bone bokhoro bo phahameng hakaalo. Ke ho re ha ho ka ba le phoso ea hore motho a re oa itihela mono, a ke ke a fumanoa le ho fumanoa.
Ke ho re ke borokho bo phahameng ka mokhoa o ts’osang. Le hore na batho ba bo entseng ba ne ba tena ba phahama hakaalo, ke ho re ke boqhetseke ba borokho bono. Re lokela hore re be lipaki tsa hore bokhoro bo joalo bo butsoe ka molao ke naha ea Lesotho, ebile e kopane le naha ea Africa Borwa hoba ehlile hoa bonahala hore taba ena ea Lesotho le South Africa ehlile maqhama ana a entsoe ke leholimo hore ebe re phela tjena; ‘me re tlameha re sebetse ka tsela ena eo re sebetsang ka eona. Leha ho na le lintho tse ling tseo ho bonahalang re batla re sekisetsoa ho tsona, che, li tla ‘ne liloke ha nako e ntse e-ea.
Ka’nete ke taba ea bohlokoa haholo hore re ke re re khefu re ee litabeng tsa bohlokoa. Litaba tsa temo ke litaba tsa bohlokoa, le tsona li lokela hore re ‘ne re ise leihlo ka hare ho tsona.
Re lokela hore bohle Litho tse Khabane re mpe re ikitlaetseng hore re eng litabeng tsena tseo re phomolang ka tsona, re se ke ra nka monyetla ka hore joale ke li-holiday joale re batla re ts’ele re ee ka mane ka ha leseisane (South Africa).
Taba ena e etsoa ka lebaka la hore re tsebe hore re phethe litaba tsena tse seng li lokolisitsoe hantle.
Ka hona, rea leboha, Mohlomphehi, hore ebe Ntlo ena e behile litaba tsena ka makhethe a makana.
Taba ena ea leeto lena leo re le tsamaeang letsatsing lena, re ile ra batla re utloa bohloko hanyenyane hore e ne eka re shebahala eka rea sobokelloa. Oa tseba ha ho na ntho e ntle joale ka ha ha taba e le teng e qoqoe, re bolelloe hore na ho tena ho etsahala joalo hobaneng.
Ka’nete re utloile ka Clerk ea rona ea Senate, o lekile ho re khoba mats’oafo hore ho bonahala ehlile ho na le kae-kae moo litaba li ileng tsa se keng tsa tsamaea hantle, ‘me ha litaba tseo li ne li se li sa tsamaea hantle joalo, re tlameha hore re ikobele tsona.
Ha re eeng mane leha e le sebaka se batang haholo. Ke apere jase tjena hobane ke se ntse ke itokiselitse hore ke il’o thula serame seno ka peta.
Ka hona Mohlomphehi, kea tlatsa hore re phomole re ee mesebetsing ena e seng e lokolisitsoe.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Ke bona eka Morena oa Lioli u behile lintlha tsena ka makhethe a maholo lebitsong la lona kaofela Litho tse Khabane.
Question put and agreed to
Resolved
That this Honourable Senate when it rises today Tuesday, 14th April 2026, it do adjourn until Tuesday, 28th April 2026, at 10:30 a.m in order for Senators to attend the following activities.
- National AIDS Commission’s Workshop from 15th -17th April, 2026 to be held at Mohale Lodge.
- One-day engagement meeting between the College of Chiefs and the Ministry of Local Government and Chieftainship, Home Affairs and Police on Tuesday 21st April, 2026 at Lancers Inn, Maseru.
- The Official Opening Ceremony of the Senqu Bridge on 22nd April, 2026 at Sekokong in Mokhotlong.
- Greenland Farm Suppliers Agriculture Show to be held at Ha ‘Masana on 23rd April, 2026.
Kea leboha, Litho tse Khabane.
Taba ena e bolela hore Tlhahiso e ananetsoe ke Ntlo.
Taba ena e bolela hore Ntlo e tla phomola ho fihlela Labobeli la la 28 ‘Mesa, 2026, ha hora ea leshome e fetile ka metsotso e mashome a mararo hoseng (10:30 a.m)
Taba ena ha e bolele hore Litho li ea phomola, ehlile ho uoa mosebetsing o il’o nolofatsa lits’ebeletso tsa sechaba, o ilo kenya letsoho litabeng tsa ntlafatso le ho fetola bophelo ba sechaba.
E leng hore Litho ha li phomole, li mpa li phomolela ho tla ka mona feela, empa ba ntse ba ea mosebetsing o mong o mongata haholo oo e leng hore ke mosebetsi oa sechaba, o kenyang letsoho phetohong le ntlafatsong ea naha ena.
Ke ne ke re ka ho cho joalo, taba ena e re fihlisa pheletsong ea mosebetsi oa kajeno.
Ntlo e tla phomola ho fihlela Labobeli la la 28 ‘Mesa, 2026, ha hora ea leshome e fetile ka metsotso e mashome a mararo hoseng (10:30 a.m).
Rea leboha.
ADJOURNMENT
There being no further Business on the Order Paper, Mr Vice-President adjourned the House without question put pursuant to Standing Order No. 16.
House accordingly adjourned at 12:02pm
