HANSARD28 APRIL 2026

KINGDOM OF LESOTHO

PARLIAMENTARY DEBATES

SENATE CHAMBER

DAILY HANSARD

OFFICIAL REPORT OF THE SENATE

FIRST SESSION – ELEVENTH MEETING

ELEVENTH PARLIAMENT

Tuesday 28th April, 2026

LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG

1. Hon. Seeiso B. SeeisoPrincipal Chief of Matsieng
2. Hon. Joel A. MotšoenePrincipal Chief of Leribe
3. Hon. Sempe Gabasheane MasuphaPrincipal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan
4. Hon. Mamolapo M. Q Majara Principal Chief of Ha Majara
5. Hon. Tumane MatelaPrincipal Chief of Makhoakhoeng
6. Hon. Moeketsi Moletsane IIPrincipal Chief of Taung
7. Hon. Lerotholi Mathealira SeeisoPrincipal Chief of Mokhotlong
8. Hon. Lerotholi L. Seeiso   Principal Chief of Likhoele
9. Hon. Theko D. BerengPrincipal Chief of Phamong
10.Hon. Mojela T. MakhaolaPrincipal Chief of Qacha’s Nek
11. Hon. Seeiso S. H. NkuebePrincipal Chief of Quthing
12. Hon. Nthupi A. Bereng                     Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote
13.Hon. K.L.K Khoabane ThekoPrincipal Chief of Thaba-Bosiu
14. Hon. Mitchel S. MaamaPrincipal Chief of Ha Maama
15. Hon Moholobela M. Moholobela Principal Chief of Matelile
16. Hon. Bereng G. Seeiso Api  Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake
17. Peete Lesaoana PeetePrincipal Chief of Koeneng le Mapoteng
18. Hon. ’Mako T.MohalePrincipal Chief of Tajane, Ha Ramoetsana le Ha Mohale
19. Hon. Khoabane T. MojelaPrincipal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso
20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli Principal Chief of Botha-Bothe
21. Hon. Pontšo S. MathealiraPrincipal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere
22. Hon. Qeto Sekonyela Principal Chief of Malingoaneng
23. Hon. ’Mawinnie KanetsiSenator
24. Hon. Lebona KhoaeleSenator
25. Hon. Thabiso LebeseSenator
26. Hon. ‘Maphakiso LebonaSenator
27. Hon. ’Mabataung Patricia                                MokhathaliSenator
28. Hon. Sehloho Henry MonatsiSenator
29. Hon. ‘Makholu MoshoeshoeSenator
30. Hon. Neo Matjato MoteaneSenator
31. Hon. Seabata MotsamaiSenator
32. Hon.Richard RamoeletsiSenator
33. Hon. Limpho TauSenator

PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO

SENATE CHAMBER

Tuesday 28th April, 2026

The House assembled at 10:30 a.m.

(MADAM PRESIDENT in the Chair)

PRAYER

The Chaplain led the House in Prayer

ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR

MADAM PRESIDENT: Order! Litho tse Khabane. Ke kopa re qaleng mosebetsi oa rona oa kajeno. Ke kopa hore ke le amohele ka morao ho phomolo le hoja re ke keng ra e bitsa phomolo hobane le ne le le mesebetsing e meng ea Ntlo. Ke lumela hore le sebelitse hantle mesebetsing eo e fapakaneng.

Tsebiso ea pele ke hore kajeno ha Ntlo e phomola, Komiti ea Ketsa-Molao e tla lula ka hona ka mona kahar’a Chamber, ‘me eona e tla tla e ts’ohla mosebtsi o ka pele ho eona. Oa pele will be to consider Attorney General’s opinion on the employment age.

Oa bobeli e tla ba hore e tle ts’ohla Litlaleho tsa eona Komiti eno tse matsohong a eona e leng;

  • Children’s Protection and Welfare Amendment Bill, 2023
  • Workman’s’ Compensations Regulations, 2026.
  • Financial Consumer Protection Disclosure of Information on Insurance and Investment Products Regulations, 2025
  • Financial Consumer Protection Complaints Handling Regulations, 2025
  • Financial Consumer Protection Administrative Penalties, Regulations, 2025 and
  • Business Licensing and Registration (Amendment) Regulations, 2025.

Ke mosebetsi o ka pele ho Komiti ea Legislation, ‘me e tla tla e etsa consider li-Report tsa eona ha Ntlo e phomola.

Hosane Litho tse Khabane, ka la 29 ‘Mesa, 2026, e leng Laboraro re na le Melaoana e latelang e tla tekoa ka pele ho Ntlo ‘me e fetisetsoe komiting ea Ketsa Molao.

Oa pele e tla ba;

  1. Value Added Tax Invoicing Regulations, 2026
  2. Income Tax Amendment of Monetary Amounts, regulations, 2026
  3. Toll Gate Amendment Regulations, 2026
  4. Road Traffic (Amendment of Schedule) Regulations, 2026.

Tsebiso ea bobeli Litho tse Khabane, hape hosane ka Laboraro hoseng, Komiti ea Boiketlo ba Litho e tla ba le kopano ka hora ea borobong ka Committee Room 2, mokatong oa pele (1st floor), ‘me Litho tsa Komiti lia mengoa le Litho tse ngolletsoeng li menngoe.

Tsebiso ea boraro, hona ka Laboraro leo Litho tse Khabane, Ntlo e tla boela e fetisa Lipotso joaloka kamehla ha e le nako ea Lipotso.

Tsebiso ea bone, ka Labone teng, ka la 30, ‘Mesa, 2026, Ntlo e tla ts’ohla le ho ananela Tlaleho ea Komiti ea bolisa (Committee on Government Assurances) e holima Lesotho Correctional Services (LCS), side visit eo e ke seng ke bile ke kopile hore e etsoe circulate, le e fuoe le tle le tsebe ho ithuta eona ho itokisetsa ho tla e ts’ohla ka Labone.

Tsebiso ea bohlano, hona ka Labone Litho tse Khabane, re tla ba le Tulo e khethehileng moo re tla amohela Little President e mocha oa selemo sa 2025/2026. Re tla fana ka programme ea letsatsi leno empa e tla re hang-hang ha Ntlo e phomola mosebetsing o formal oa mehla e be re etsa that mock sitting ea hore re tle re tsebe ho amohela Little President.

Litsebiso tsa Letsatsi lena Litho tse Khabane, li fella hona mona.

Next item Mr. Clerk.

Tabling of the Report on the Status of the Adolescence Sexual and Reproductive Health and Intervention in Lesotho.

HON. SENATOR M.M. MOSHOESHOE: Madam President, kea u hlompha ‘M’e, Litho tse Khabane le Tafole ea hau.

Ke ema mona ke le Molula-Setulo oa Komiti e bitsoang Health, Nutrition and Gender. Ke ema ho teka Tlaleho ea Komiti on the Status of Adolescence Sexual and Reproductive Health and Interventions in Lesotho.

Komiti ena ea haeso e thehiloe ka Litho tsa Ntlo ena ea Senate tse leshome le metso e mehlano, ‘me lethathamo ke leo, mabitso a bona ke ao a thathamisitsoe on the Report, page 2.

Selemong se fetileng sa 2025, SADC-PF e ile ea mema Komiti ena ea haeso ka Litho tsa eona hore li ilo kopana le Litho tsa National Assembly, ‘me Komiti ea haeso e ile ea ea sebakeng se joalo sa National Assembly, moo e neng e emetsoe ke ‘na ka kotloloho ke le Molula-Setulo, ke tsamaile ke Morena Thato ‘Mako Mohale e le representative ea SADC PF e re emetseng Senateng mona, re tsoakile le Setho se Khabane ‘M’e Mabataung Mokhathali.

Re ile phuthehong e joalo ‘me ha re fihla phuthehong eo e ne e le round table meeting. Meeting ona SADC PF e ne e memme Ministry of Education and Training in Lesotho le Ministry of Health hore o tlo qhatsetsa Litho tse Khabane tsa Matlo ana a Mabeli hore na Makala ana a ‘Muso a mabeli e leng Ministry of Education and Training le Ministry of Health na status sa Adolescence Health se eme joang kahar’a naha ea Lesotho.

Lintlha tse kholo-kholo, li-focus area tseo re neng re shebane le tsona e ne e le sexuality education, life skills education and health promotion. Litaba tsena re ile ra li ts’ohla ka matla haholo. Ha re ntse re li ts’ohla ka mono Lekala lena la Education le ile la qala ho etsa presentation, la hlalosetsa Bahlomphehi ba neng ba le teng phuthehong eno hore na e be ke lifeli-initiative le li-programme tseo le li etsang kahara naha ea Lesotho with regard to adolescence Health. Hangata re tloaetse ho e bitsa SRCHR (Sexuality Reproductive Children Health Rights). Ke litokelo tsa thari le thobalano ho bacha. Ke mokhoa ona e bitsoang adolescence health.

Lekala lena la Education and Training le ile la bonts’a hore na ba na le li-programme life tse seng li ntse li tsoela-pele, tseo ba sebetsanang le tsona.

Programme ea pele ba ile ba bonts’a hore in regard to HIV/AIDS ba na le e unit e bitsoang HIV/AIDS unit. Unit ena morero oa eona ke ho etsa address all the concerns le impact of HIV on adolescence and youth. Ho re na lefu lena la HIV/AIDS le amme bacha bana kahar’a naha ena ea Lesotho ka tsela efe, le hore na bona ba etsang.

Ba bont’sitse hore ha ba bua ka li-adolescence tseno ba bua ka age ea 15 ages and above. Ha ngoana a qala a fihla on the age of 15 years and above ke eena eo re tlo ‘mitsa an adolescence.

Ba bonts’itse hore kahar’a naha ea Lesotho Census eile ea etsoa in regard to HIV/AIDS ka 2014 ‘me e ile ea bonts’a hore the adolescence tse phelang le HIV/AIDS li ne li etsa 270 000, ha li ne li tloha ho 250 000 before 2014; eaba ba bonts’a hore ntle le bao ba seng ba ntse ba phela le ts’oaetso ba bile ba se ntse ba le under treatment ea ts’oaetso eo ea HIV/AIDS, ho na le bacha ba rona who are newly infected (lits’oaetso tse ncha).

Lits’oaetsotsena tse ncha le tsona li qalile in 2014, ba bonts’a hore lits’oaetso tse ncha tsa bacha ba anngoeng ke lefu lena la HIV/AIDS ke 7 200 ‘me nomoro ena e phahame hobane e ne e tloha ho total ea 6 000. So, ka nako eno eo lipalo-palo li neng li etsoa ho bonahetse hore e se e phahame, ha e sa le 6 000 e se e le 7 200.

Report eile ea bonts’a hape hore Lekala le hlokometse hore even though bacha bana ba rona bao re reng ba under treatment le bana bao re reng ba newly infected, ho na le bao ba seng ba hlokahetse (new deaths), ba bolailoe ke eona HIV/AIDS le mafu a amahanngoang le lefu lena. Bana ba seng ba hlokahetse lipalo li re ke 4 300 ‘me ho bonts’oa hore nomoro ena e phahame hobane e tloha 3 500, ‘me difference eno ke eona e bonts’ang hore na ke sekhahla se se kae seo lefu lena le ntseng le bolaea bacha kahar’a naha ea Lesotho.

Programme e ‘ngoe eo Lekala lena la Education and Training le ileng la fana ka eona ke programme e bitsoang Learner Welfare and Care Unit. Learner Welfare and Care Unit ena it’s a unit e sebetsang le ho etsa promote over-all well-being ea bacha likolong. Baithuti in regard to their physical and mental health. Hore na physically ba ntse ba phela hantle joang le mental health ea bona.

Programme e ‘ngoe ea ho qetela eo ba e bonts’itseng ke e bitsoang collaboration with international organizations.

International organization tseo ba buileng ka tsona ke UNESCO le UNICEF, ba bonts’a ba entse partnership le UNESCO le UNICEF hore li-international organizations tsena li ke li ba thuse as their partners for funds le ho fana ka medication le anything e ka thusang in regard to HIV and AIDS.

Ba re even though ba entse li programme tseno le initiative tseno tse kaalo, they still have challenges tse ngata tseo ba sitoang ho li fihlela. One of them ke resource allocation. Ba re ho thata haholo ho etsa allocate resources har’a litereke tsena tse leshome (10) tsa Lesotho hobane resource tsa bona li fokola haholo. Joale ho li arola e ntse e le challenge e kholo hence ba ntse ba etsa a plea to members of Parliament hore ha ho etsoa budget, ba hopole e mpe e nyolohe.

Eaba challenge ea bobeli e-ba community engagement. Community engagement ena ha ba e hlalosa ba re ba na le qholotso e kholo mane mahaeng metseng haholo ho batsoali, bacha le Marena le leaders. Ba ile ba etsa specify hore ba na le challenge ho etsa engage batsoali le bana. There is a communication gap between batsoali le bana. Batsoali ha ba qoqe ka sexual health ea bana le taba ea reproductive organs. E ntse e le taboo, ha se batsoali ba bangata haholo mahaeng koana ba bang open enough hore ba etse discuss taba ea sexual education le bana. Bana ba etsa rely haholo ho sekolo hore ba fuoe thuto ka taba ea kholo ea ‘mele ea bona.

Sekolong mane haeba lea hopola na re ne re etsang ha re rutoa hore ‘mele oa hau ho tloha u le ngoana o etsa develop joang ho fihlela o fihla staging sa adolescent, le lipheto-phetoho tseo u tla li bona ‘meleng oa hau hore ha u le mohlankana u tla qala ho bona litelu, lentsoe le tla ba deep.

Ha u le mosetsana u tla bona matsoelenyana a sa ntsa hola-hola ebe joale u s’o ea linakong. Taba tseno kaofela ba re batsoali ha ba khone ho li qoqa hantle le bana ba bona, joale ba re le metseng mane ho na le moo e reng ha ba fihla ho eona ebe ba na le challenge ea Marena le li-leader tse sitoang hore li bitse lipitso hore pitsong mono ho qoqoe ka taba tsena.

Ha li buua ba re li ntse li habanyoa feela ha ba tobe tabeng. Joale challenge eno e-ba e etsa hinder hore sexual education e fete straight ka tsela eno ebe bana ba etsa… ebile haholo lipitsong tse joalo bacha ha ba etse attend.

Bacha ha ho ka thoe pitso e teng, ha ba ee ho ea batsoali ba bona empa ba ile ba qetella ba ikelelitse hore lipitso ha li etsoa, ho etsoe separate bacha.

Ho be le lipitso tsa bacha,ebe tsa bona ba le bang moo ba il’o qoqa taba tsena ba leng bang. Hape ho lokela le batsoali ba etsetsoe pitso tse joalo. e Le hore Marena le ‘ona a lokolohe hoba ba bonts’itse hore ho na le Marena a mang a tiisitseng ‘mele, hoo e reng ha ba fihla lipitsong ebe ho na le language eo ho thoeng e se ke ea sebelisoa hobane ruri ha ho buua ka sexual education, re bua sex.

Re bua ka development of sex organs ‘me a sex organ e tlameha e buue ho thoe ke organ e itseng, e buuoe e le joalo. So haeba ha re fihla koana re tla ts’aba ho li bua, re qetelle joale re sitoa ho fihla tabeng ea ho ruta bana… Ba re ba lekile ho re hlokomelisa taba eno hore re le Members of Parliament or both Houses re leke hore re lokise taba ea language. Taba li buuoe ka tsela eo li leng ka eona, haholo ha li buuoa aging e appropriate.

Challenge e ‘ngoe eo ba buileng ka eona ke policy implementation. Ba re ba na le challenge ea ho etsa implement policy ea Lekala lena la Education. Policy e teng e bitsoang Lesotho School Health and Nutrition Policy 2023. Policy eno e bua ka health le nutrition likolong. Health ea bana; bana ba rutoe hantle ka health, ka life skills, ba rutoe ka nutrition hore na li kopana joang le phepo e nepahetseng le taba tsa bophelo bo botle hammoho le taba ea ho ja ka nepo le ho aha ‘mele. Ho aha sesole sa ‘mele hore se tle se tsebe ho loants’a mafu ‘ohle a ka bang teng bophelong.

Policy ea bobeli eo ba buileng ka eona ‘me mona teng they were very strong ha ba etsa discuss policy ena e bitsoang Prevention and Management of Learners Pregnancy Policy 2024. Policy ena ke ea 2024. Ke policy eane haeba le ea e hopola Bahlomphehi e ileng ea etsa lerata haholo kahar’a Naha hore ngoana oa ngoanana ha a ka senyeha aa le sekolong, a lumelloe ho tsoela-pele ka lithuto.

Ngoana ea joalo ho tloha nakong eo a qalang a tloloa feela likhoeli tsa hae, a lumelloe ho kena sekolo. Batsoali ba etse report ho matichere le Principal hore ba entse discover hore ngoana oa bona o pregnant. Ngoana ea joalo hofihlela kholong ea mpa eo ea hae in the nine (9) months a ‘na lumelloe ho ea sekolong a ntsa le pregnant joalo.

Khale koana lea hopola … le likolong tse ling hona tjena haholo tsena tsa Likereke ha ngoana a qala eba mokhachane a ba mpa e kholo, ho thoe a lule hae.

Ministry of Education e re e entse policy eno ka 2024 ea hore regardless of the status of the student, hore na o pregnant, hore na o HIV positive, a lule sekolong mono a etse attend sekolo, ke right ea hae. Ke birth right ea hae ‘me o tlamehile hore a be le education regardless of the status.

So ngoana ea joalo motsoali le matichere ba lumellane hore ka nako eo ngoana a tlamehang ho ea ngakeng, a ea tliliniking, a lokolloe ho tsebahale. Bukana ea hae e tsebahale hore ngoana enoa joale o ea tliniliking, o ea check-up, ngaka e ngole lengolo e re ngoanenoa o tla pepa ka date e itseng.

Ka nako eo a tl’o pepa le eena o etsa qualify for maternity leave. A lumelloe a tsamaee a ee maternity leave, ngoana enoa a fihle a pepe a be a anyese lesea lena la hae. Kamorao hore a anyese a boele a khutlele sekolong ho se na khanyetso ea letho, ho sa thoe ‘u senyehile uena ha o’a nyaloa kapa u entse ngoana u sa nyaloa.’ A lumelloe for education ea hae e tsoele-pele.

Ebile eona policy ena ea Prevention and Management of Learners Pregnancy Policy 2024 e kenyelelitse Clause ea stigma. E re khoboso ea bana ba basetsana ha ba kile ba senyeha ba le sekolong, ha ba fihla sekolong mane, sekolo se bone hore ngoana ea joalo h’a hobosoe.

Stigma attention e mona ea rona ea hore re ’ne re supane re re ‘o sentsoe ke mang’ le haeba le tseba, but sekolong mono e hlaoloe hore ngoana eo e se ke ea ba victim ea stigma seno se joalo sekolong, matichere a thusane le batsoali. H’a khutlela sekolong policy ena e bonts’a hore mola moo a qetetseng teng ka course ea hae ea sekolo, a fuoe monyetla oa hore matichere a il’o mo qala hona mono.

Khale koana ho n’o thoe o khutlisetsoa morao. Supposing o bile pregnant a le grade 9, h’a khutla ho s’o thoe ‘khutlela grade 8, ha ke re uena esale u senyeha, u tsoa etsa ngoana koa.’  

Policy ena e re ka nako eo a tlohileng sekolong mona a etsa grade 9, a tsoile ka khoeli efe, syllabus e re re ne se re entse cover up to this content, so eena o tla qala mono moo a qetetseng teng. Joale e fa matichere matla a hore joale a qale ngoana enoa mane moo a qetelletseng hobane ke tokelo ea hae.

Ministry o hlalositse taba tseno ka tsela eno hore policy eno e teng e ea sebetsa leha e na le li-challenge likolong haholo ekare e sebetsa habonolo likolong tsa ‘muso. Ho tsena tse ling tsa Likereke e ntse e sebetsa kathata.

Joale eaba ho tla Ministry of Health le oona oa etsa presentation ea oona ha ba na ba Education ba qeta.

Ministry of Health e re ba etsa collaborate le bona, ba entse partnership le Ministry of Education, ke li-Ministry tse peli tsena. Ke Health le Education li sebetsa ‘moho in regard to HIV and AIDS and teenage pregnancy. Joale eaba ba re bona challenge tseo ba kopanang le tsona ea pele ke teenage pregnancy e phahameng haholo eo ebileng e qalang as early as age 12 to 19 years. E ngata haholo mona ho 15 up 19 years. Joale teenage pregnancy ena challenge ea teng haholo ke hore banana ba pata pregnancy.

Ha ba se ba patile ba bang ka lebaka la ‘mele o monyenyane, ha ba bonahale haholo. Batsoali ba lieha le ho ba hlokomela hore bana ba pregnant.

Ebe ke mona moo ha ba se ba patile tlhaho ena, ebe ba etsa resort to illegal abortions, ba ea backdoors, ba noa meriana hape ba fumana advice tse fosahetseng. Kantle ka mona ba noa concoction tsena tse ngata ebe joale bana ba etsa abortion ebe successful, ba bang ha e be successful. Joaleebe u fumana h’a qeta ho etsa abort, lesea le joalo ebe le lona lea hlokahala given hore na o na sa le pregnant ka likhoeli tse kae. 

Joale ba re challenge e kholo e le Ministry of Health, ke hore ba na le challenge ea post abortions sickness. H’a qeta ho etsa abort ka backdoors ka mane le bo-’M’e bana ba ba thusang, joale o’a kula ngoanana enoa, ha a sa kula a ba tsielitse ke hona ba mo nkang ba mo isa sepetlele.

Ha a fihla sepetlele ebe ba fumana hore motho enoa e ne e le mokhachane ebile o entse abort ka tsela tse sa nepahalang, joale ebe ba sebetsana le treatment ea ho etsa save bophelo ba adolescent tsena.

Ba re bona ha ba fihla ba ntse ba ba amohela, ba ba etsa treat to safe their lives. Feela ba hatella ka hore re le Members of Parliament re leke ho tiisa haholo tabeng eno ea hore bokhachane bo se ke ba patoa ha bo le teng bo teng.

Ba bonts’itse hore ba bang bona ha e le bakhachane ba le banyenyane, rona re le parents re etsa force hore ba il’o nyalana. Rea mo botsa ho re ‘ke mang eo ea u sentseng’. Ke etsa force hore ba nyalane le bahlankana bano ka nkane ba ntse ba le banyenyane.

Ke mona moo ba ileng ba bua ka Child Marriages. Batsoali e bile ho thoe ke bona ba tlohang ba habo ngoanana ba ea lapeng la bo-moshanyana ba re ‘koko, lumelang ngoana rona o supa mona, o re mor’a lona ea bitsoang mang-mang o robile ngoana rona lengole.’

‘Joale malapa ha re kopaneng, ha re hlekeng bohlasoa, ha re phutheng bohlasoa, le hle le mo nke pele e bonahala.’ Joale ho thoe ke phoso e kholo taba eno, re leke ho e khalemela, rather re nke ngoana rona.

Yes, re tlalehe hore na o re joetsitse lelapa la bo-mohlankana hore ‘ngoana lona o sentse ngoana rona, empa ngoana rona o sa le monyenyane, re mo tlohela a be le lesea a hole, ‘mele o tiee.’

Kamorao hore lesea le hlahe re tla lumellanang hore na re tsoela-pele joang ka bophelo, eseng ena ea ho qobella bana hore ba nyaloe ba sa le banyenyane kapa ebe joale re batla likhomo tsa pele, re re re batla likhomo tsa ts’enyo ebe re ea Makhotleng kapa re pataleng.

Joale taba tsena li etsoa ke rona batsoali, joale re beha bana under pressure.

Ngoana h’a nahana ntho tseno kaofela, o sa nts’a re   o sentsoe ke moshanyana, ka nako e ‘ngoe o sentsoe ke ntate oa lelapa la hae.

Ha e le moo a sentsoe ke Ntate oa lelapa, ke taba ea hore ke hle ke bolaee lesea lena. Ka nako eno o etsa abortion e qetellang e nkile bophelo ba hae ka lebaka la pressure eo ba e bakeloang ke batsoali. Le rona re le batsoali re bapala role e kholo, re etsa contribute haholo mono, joale re etse avoid ntho tse joalo.

Ba bonts’a hore literekeng tsena tsa Lesotho, challenge e ‘ngoe e kholo ke hore ho na le a very high rate of teenage pregnancy le manyalo ana a bana ba banyenyane. Joale ba bonts’itse hore ke 22%, empa setereke se phahameng ka ho feta litereke tsohle ke Thaba-tseka.

Ba re Thaba-Tseka mane manyalo a bana ba banyenyane aa ts’abeha. Ke forced marriages e etsoangke lona batsoali hore le etse force bana hore ba nyaloe. ba bangke arranged marriages. Lelapa le itseng le le itseng lea kopana ba re; ‘na morali oa ka ke batla a il’o nyaloa ha Ntate mang-mang.’ Ngoana a ntsa le monyenyane o se a qobelloa lenyalo le joalo, ho s’o shebuoe likhomo hore li tlil’o tlala ka sakeng. Ka ’nete re lekile ho bonts’oa re le batsoali hore taba eno e kotsi haholo eo re e qobellang bana.

Setereke sena sa Thaba-Tseka ea ba se hlahlangoa ke sa Qacha’s Nek. Qacha’s Nek le eona e phahame haholo.

 Thaba-Tseka ke 22% rate eno ea manyalo a bana ba banyenyane, ha Qacha’s Nek e le 17.3%. Li tla li hlahlamana joalo. Manyalo anaa phahame. Re ile ra ba ra ikeletsa ha re se re utloa taba tsena re le Komiti nakong eo re etsang adopt this rReport.

Joale eaba re re ke hore re ke re kopane le Marena a Sehlooho. Thaba-Tseka ke setereke se seng se kopanetsoeng ke Marena a mangata a Sehlooho, ekare ba sehelana meeli.  Joale re kopile hore re tle re meme Marena a Sehlooho kaofela a ikarabellang Thaba-Tseka. Re tla tsamaea re le Komiti re ee mono for advocacy re il’o bona hore na re ke ke ra fihla ra hlapolla boemo bono, ra kenya thuto. Ha re na tsamaea re le bang hobane le rona ha re na litsebo tse phethahetseng.

Re tlil’o mema Lekala lona lena la Health, re meme le lena la Education ebe re etsa ‘moka o joalo, ebe re etela sebaka seno.

Ka lehlohonolo Morena oa Sehlooho oa Rothe    ke Setho sa Komiti ena,’me taba ena o ile a lumellana le eona, a e chaella monoana hore ba tla re bulela mamati re ee Thaba Tseka re il’o bona hore re hlapolla taba ena.

Lekala la Bophelo le tsoela pele hore another challenge eo ba nang le eona ke ea HIV/AIDs ea adolescent girls. Hothoe bananeng ba rona status sa HIV/AIDs se phahame haholo bacheng mona, ‘me ho bonahala hore bacha bana ba banana ke bona ba nang le ts’oaetso ho feta ba bahlankana. Potso ke hore na ha ho s’o etsoa investigations bana baa ba ts’oaelitsoe ke mang ha bahlankana ba bona ba se na eona tjee?

Ho ile hoa utulloa hore ba na le ts’oaetso e phahameng hobane hantle ts’oaetso ba e fumana ho bo-ntate ba baholo kaha ba sebetsa ka bona ke li-blesser, ba ba ts’oaetsa. Ho bile hoa ba hoa fumaneha hore ho na le transactional sexes mane moo ke reng ke u patala bokana ka metsotso e mekana. Re ts’aba ho li bua litaba tsena, feela li teng lia phela, ebile Maseru mona li ngata haholo; re se re bile re sa li soabele le ho li soabela hobane joale re se re thiba ka mokotla! Bo-ntate ba na le chelete ba reka bana, bana ba etsa thobalano, ba ba ts’oaetsa, ba ba siea, ba fetela ho babang. Taba ena ho itsoe re e shebe, re e loants’e haholo ka Komiti ena ea rona.

Challenge e ‘ngoe e ba limited access to contraceptives. Ke li thibela-pelehi, li teng litliliniking le lipetlele, joale hothoe ka mane ka maloting, in the rural areas ha li fumanehe habonolo, basetsana bana ba ts’aba ho ea litliliniking mane ho ba ho sebetsa baamani le bona. Ha ba fihla ba ts’aba ho ba joetsa hore ba tl’o batla lithibela-pelehi, joale ba re ba ithoballa feela ba re ba tla cheka meriana ba bone hore na ba etsa joang! So, access to contraceptives is a challenge.

Gender based violence is another challenge e kholo haholo. Lekala le re e phahame haholo! Ka interventions tsa WHO Ministry of Health o re o ile oa kopana le WHO eaba e fana ka guidelines tsa WHO tse entsoeng develop khale hore re tlo etsa improve SRHR mona lipetleleng tsa ‘muso. Intervention e ‘ngoe ke hore Lekala le ile la nka khato ea hore le pote likolo tsa primary le il’o enta bana ente ea HPV vaccination ena ea mofets’e oa popelo ho thibela mofets’e oa popelo ho basetsana. E potile likolo joalo mahala eaba banana ba ntse ba entoa.

Ka family planning ba ile ba bonts’a hore ba etsa re-inforce family planning services hore li service li be teng, adolescences li ee litliliniking li il’o fumana family planning services, ba se ba entse what is called adolescence corners. Adolescence corners ke mane moo e tlare ha u kena sepetlele e be ha u il’o fola le rona batho ba baholo ka mane, u ea mane moo ho eang bacha ba le bang, ‘me ha u fihla monou tla sebeletsoa ke lithaka tsa hao ebeu photholohile u fumana lits’ebeletso, u tseba le ho qoqa le bona ka mathata ‘ohle ao ekabangu na le ‘ona.

Broad based sexuality education ke ena eo ba entseng partner with Ministry of Education ka eona hore ba kopa hore Curriculum ea sekolo e ‘ne e kene ka matla. Ba bile ba entse stipulate hore na bana ha ba tsoa primary or high school ba ee ba se ba le boemong bofe, ho re na o rutiloe ho fihlela hokae ka taba ena.

Ka ‘nete ba bonts’a hore ho na le progress haholo hoo e bonts’ang hore SRHR services (lits’ebeletso tsa thari le thobalano) tsona li se li fumanoa mahala, testing and counselling, ebile ba se ba e-na le eane ea ha e ka ba u ne u sa kena program ea family planning u s’u iphumana u le ngoana u entse thobalano e sa reroang ea ts’ohanyentso, ba se bile ba etsa provide the morning after pill.

The morning after pill ke pilisi eane e nooang within 72 hours after having unprotected sex, ho qhala ntho eane eo u e entseng. So, bana bana ba rona ba se ba e fuoa, ‘‘me Lekala le lumellane hore ba e fuoe –  e seng a tle le motsoali, empa a tle a le mong e be lekunutu la hae, a joetse nurse ho re, ‘ke tsoa etsa tje, ke kopa re hlakole ntho’ane ka pele’.

Ha ho sa batloa consent ea batsoali, e etsoa privately a le mong. E se e fumaneha Lekaleng la Bophelo. Ke tsona litaba tseo, Bahlomphehi.

Komiti e ile ea etsa recommendations tsa hore Ministry of Health o hl’o tiise haholo ha o fihla hona moo o ba fe lithibela pelehi without consent, ha sa robetse le bahlankana a e qhale a sa u joetsa. Ha ke bue ka abortion, empake bua ka morning after pill. Ha ke s’o kene ho abortion, kea tseba ke topic that is meant for another day, not today; mona ha rea bua ka eona, re buile feela ka backdoor abortions.

Mona re re feela accidents –  re ne re li bitsa accidents joaloka ka eno ea morning after pill –  e se le free of charge. Ba e fumana; ha ba sa tlameha le ho e kopa. So, re ile ra re ba hle ba tiise molemong oa bophelo bo botle ba bana bana hafeela ba ka re phelela. Hore na ba ntse ba etsang ka ntle ka mona re hlotsoe ho ba thiba ebile ha re tsamaee le bona, ebile ha re na ho ba thibela, kahoo eaba re etsa recommend re le Komiti hore re kopa ba etse partner le li civil society organizations le bona ba thusane ka cervix education.

Ra etsa another recommendation ea hore SRHR ena e rutoe haholo likolong. Ba e tiise babe ba bone hore likolo kaofela lia tiisa, ebe re etsa recommendation ea hore ho be le health care providers to deliver adolescence friendly services. Ba se ba ntse ba e-na le tsona friendly services tseno, feela bacha ba ntse ba etsa complain, so re itse ba ke ba bone hore li ba very friendly ha ba fihla moo ba amohelehile, li ba private ho sebetsa bana ba banyane e seng batho ba baholo, makunutu a bona a bolokoe, li-file tsa bona li be private ho bonoeha li tsebahale ka ntle ka mona.

Last recommendation ea eba hore re kopa Lekala la Bophelo le etse increase budget ho SRHR programs, kaha budget ea teng e nyane, chelete ea ‘muso e eang mono e nyane kahoore kopa ba ke ba nyolle budget to strengthen health care systems.

 So, ea ho qetela ea eba feela hore re etse address GBV ka matla re le Paramente, re kenye letsoho.

Ha ke chulo tjena ke re, Mohlomphehi Madam President, ke ema mona ho kopela Report ena ea Komiti ea Health Nutrition and Gender hore Ntlo e Khabane e ke be pelo-nolo ho e amohela.

Kea leboha.        

  HON. SENATOR M. MOKHATHALI: Madam President le Tafole ea hau, ke hlomphe Litho tsa heso tse Khabane.

 Ke ema mona ho tlatsa kopo e entsoeng ke Chairperson ea Health Nutrition and Gender hore Report e mpe e amoheloe.

 O buile litaba tse ngata tseo ke seng ke sa tsebe hore na ‘na ke mo tlatsa kae, empa he, che! Nke ke tlatse hore workshop eo ka ‘nete li-Ministry tsena tse peli li ne li hlile li re bonts’a mekutu eohle eo ba seng ba e entse hore ba thuse bacha hore ba hlokomele bophelo ba bona ba thari, hore e be bophelo bo hantle.

Mokutu o mong oo ke utloileng eka o lebetsoe ka Lekala la Education ke hore mehleng ea pele taba ea CSE, e nang le life skills e ne ntse e batla e rutoa ke matichere feela a khethiloeng –  ebile e sa kena hakaalo ho curriculum, empa morao tjena mane moo ho koetlisoang mesuoe ho se ho hlile ho koetlisoa matichere hore a tle a rute bana thuto ena ea life skills.

Ea bobeli, eo ba re bolelletseng eona e le Lekala la Education, ke hore joale morao tjena ho its’ema bothata ba hore le matichere a bonahala a se a kena tabeng ea tlhekefetso ea bana.Re ile ra utloa matsatsi a fetileng Peka mane_ebile e le principal e hlekefelitseng ngoan’a moshanyana, joale ha re botsa hore na taba ena e etsoa joang ba bonahala eka kahar’a melao eo ba nang le eona ba ba le bothata ba hore leha ba ka tebela tichere sekolong mono, feela ha ba na mokhoa oa ho nka lengolo la hae hore a se hlole a ruta sekolong se seng. A ka tebeloa sekolong sena, empa toko-toko u tla mo fumana a se a le sekolong se seng.

Ba ile ba re ba ntse ba le tseleng ea hore ba tle ba fumane mokhoa oa hore motho ha ile a fumanoa ka tlolo e joalo ea molao a tle a se hlole a kena sekolong kae kapa kae moo a ka rutang bana. Mekutu eo ba ntseng ba e etsa e mengata, empa ha re se re sheba lipalo tse boletsoeng tsa hore ho ntse ho e-na le bacha ba bang – palo ea bacha e ntse e nyoloha ba ntseng ba ts’oaetsoa ke HIV. Ho latela tlhaloso ea bona, haeba e ne e le 6 000 e nyolohetse ho 7200, ‘me hoo ke ho bolela hore e ntse e nyoloha.

Mabaka a bonahalang ke hore bana bana ba bonahala ba se ba tloaetse HIV ha e sa ba ts’osa. Lebaka le leholo ke hore ba se ba tseba hore ha u ka noa lipilisi ha u sa tla shoa. Ho s’o bonahala eka ke ntho e batlang e tloaeleha e seng e sa ts’ose joaloka hoane pele ha ho ne ho thoe motho o na le ts’oaetso ea HIV.

Taba e ‘ngoe e bonahalang hape eka e ntse e eketsa boima bona ke boteng ba ts’ebeliso ea li-drugs, haholo mona mabalane, hobane tse ling ho sebelisoa liente, tse ling ebile hothoe ho etsoa plug ha e mong a ile a sebelisa drug eno hore rona ba bang re tl’o una molemo oa eona ka hore joale re se re ntse re kha mali a hae, joale re ikenta ka oona. E leng ho re taba eo e boetse e hlahisa mokhoa o mocha oo joale taba ea HIV e ntseng e bonahala e eketseha ka hare ho bacha ba rona.

Lekala ka ‘nete le ntse le etsa mekutu e mengata eno le ea hore leha ngoana a ile a ba le ho oeloa ke koluoa ea bokhachane ka ‘nete re mo amohele a ‘ne a tsoele pele ho kena sekolo. Ba ntse ba e buile e le ea bohlokoa, e seng e le teng morao, ho re ngoana a se ke a senyeheloa ke tokelo ea hae ea ho ruteha hobane feela a oetse tabeng ea bokhachane, e neng e sena toka le ho banana, hobane ho ne ho tejeloa enoa feela eo mpa e bonahalang ho eena empa moshanyana a mo etselitseng ngoana a nts’a sala ka hare ho sekolo.

Ba ne ba leka hore banana ba se ke ba tingoa tokelo eo. Ke ho re ngoanana a ‘ne a tsoele pele ka sekolo, haholo-holo hoba o se a tl’o ba le lesea, ‘me ke hore na ha khaoleloa monyetla oa ho ithuta ke ho bolela hore lesea lena la hae joale le tl’o ba tlokotsing e fetang bophelong ha le holisoa ke ea sakang a tseba ho ea sekolong.

Re fetetse ho lekala la bophelo leo le lona le ntseng le etsa mekutu e mengata ka tsela e ts’abehang! Har’a taba e ileng ea nkhahla ke hore ntle le hore ba shebile likolong taba ena ea boitlhokomelo ba bophelo ba thari, empa hape le bona e le Lekala la Health ba na le program eo ba sebetsanang le balisana hohle. Ba kena metebong ba bue le balisana hore ba elellloe hore ho bohlokoa hore ba baballe likhaitseli tsa bona ’moho le bona ba tle ba tl’o kena thobalanong ha ba se ba holile.

Libakeng tseo ho ileng hoa bonahala eka taba ena ea sexual violence e amanang le hore banana ba nyaloa ba le banyane haholo lilemong ho bonahetse haholo Thaba Tseka, ‘me kutloisiso – leha ba ntse ba hlalosa e le ho lieha ho fetoha hoa rona re le Basotho ka mekhoa le meetlo ea rona re le Basotho, empa ho latela mekhoa le meetlo ea rona ngoanana ha a ile a hlatsoa feela o lekane hore a ka nyaloa, hobane ho se ho lebelletsoe hore e ka ba ngoetsi a ka tseba ho etsa bana – joale ho sa hlokomelehe hore ‘mele oa hae o ntse o lokela ho hola o tle o tsebe ho jara ngoana le hore le eena o ntse a tlameha ho hola kelellong hore e tle ere ha ngoana a fihla a be a hotse ka kelellong hore a ka tseba ho holisa motho hore e tl’o ba motho oa bohlokoa.

Ho latela meetlo eno ea rona le li tloaelo, ao, banana ba ntse ba nyaloa, joale hona le teenage pregnancy e ngata haholo! Empa feela ha se hobane ba senyeha, ke hobane ba le manyalong a bona a manyane, ‘me joale ka ha ho se ho hlalosehile taba ena e ile ea bonahala e re ama kaofela re le Boeta-pele ba sechaba, ka hore re kenelle haholo metseng, re bue le sechaba hore taba eno e kotsi, ’me re ba bonts’e mahlakore a mangata le kotsi ea ’ona.

Taba e bonahetseng hape e fokotsehile matsatsing ana, ho latela Lekala la Health, ha re tsebe hore na ke hobaneng, le rona re ile ra botsa. Nakonyaneng tsa ho feta, li-condom li ne li fumanoa hohle mona, ha u ea shopong feela u ne u li thola, ha u ea Kh’anseleng u li thola. Ha re tsebe hore na fatigue e bakuoe ke eng ea batho ba li fanang.

Hona tjena li se li batla li sa fumanehe haholo. Ke hore e se eka u ka li fumana kae-kae moo u il’o li batla, athe li ntse li lokela hore li fumanehe. Joale re ile ra khothalletsa taba ena, hore e boele e tsosolosoe bocha, hore li fumanehe habobebe. Ha se le hore re khothalletsa bana hore ba tsamaee ba robala hohle, empa joale, re ntse re khalemetse, ho na le ba bang ba eeng ba ikhethele ho etsa joalo.

Joale hore re tle re se ke ra ba le bana ba hlahang ba sa lebelloa, ke hore taba ena ea li-condom, e ’ne e tsoele-pele hore li fumanehe. Ebile puisano e ‘ne e be teng ho bacha ba rona hore ba li sebelise ha ba utloa ba se ba hlolehile, hobane ba bonahala ba hloleha hangata.

Taba e ‘ngoe e ntle eo re ileng ra e lemosoa hore re tle ‘ne re e hlokomele, re e bonts’e le metseng, ke hore bana ha ba se ba ile ba eba le bokhachane, ehlile ba ntse ba tsoela-pele ho nts’a limpa.

Ke palo e ts’abehang lipetlele mane ea bana ba lokelang ho okoa, le ba hlokahalang ba nts’itse bokhachane bona ba bona metseng ka mekhoa e sa lebelloang. Ba ile ba re bonts’a hore re fokotse matsoalo, re bue le bona hore Lekala la Bophelo le na le Policy eno ea post abortion management.

Hafeela motho a se a ile a kena tabeng ena, ‘me bophelo ba hae bo bonahala bo e-ba kotsing, ha ba tl’o mo botsa le ho mo botsa hore na o ntse a etsang, ebile ha ba tl’o bitsa Mapolesa. Taba ea bona e tla ba hore feela ba u phekole, u fole, u phele.

Kannete ba ile ba re joetsa litaba tse ngata tse bohlokoa, Makala ana a mabeli tseo ba ntseng ba li etsa. Joale empa ba re kopa le rona hore re mpe re potlakise Sets’oants’o sa Molao sa Child Protection Act, hobane ka hare ho oona ho se ho lokisitsoe hore bana ba se ke ba nyaloa ba le banyenyane.

Taba eno ha e le teng e tla sireletsa haholo hore, banana ba nyaloang ba le banyenyane, taba eno e tle e nkuoe e le tlolo-ea-molao, ‘me e se ke ea etsahala haholo.

Ka litaba tsena tseo ke li buileng, ke ea tlatsa hore Report e mpe e amoheloe.

Kea leboha.

Question that the report on the status of Adolescents Sexual and Reproductive Health (ASRH) and Interventions in Lesotho, put and agreed to.

HON. SENATOR KHOAELE: Kea leboha, Madam President.

Ke u hlomphe le Tafole le Litho tse Khabane.

Kannete ke mametse ka hloko e kholo, ha Mofumahali a ntse a teka Report ena, le Mohlomphehi Mokhathali ha a e tlatsa. Ke taba e hlokolosi haholo, eo e reng ha motho u e sheba u e mametse, u sitoang ho e sheba mona feela, moo u bonang bana bana ba basetsana ba ba le liqholotso tsena tse ntseng li boleloa.

Ke hore ha u mamela kapa u ithuta, u’a bona hore bana ba basetsana, tsela ea bona feela ea ho bopeha e le batho ba basali, e se ntse e ba etsa batho ba vulnerable ka hare ho community tsa bona. Ke hobane mathata le liqholotso tseo ba tobanang le ho thulana le tsona li fapana le mathata le liqholotso tseo bahlankana ba thulanang le tsona.

U oa bona hore intervention tse matla li hlile li lokela hore li tobe ho bana bana ba basetsana hore ba sireletsehe. Taba ena ea bokhachane, bona bo teng kahar’a teenagers kapa adolescents, ke taba e bohloko haholo hobane le bona beng ba eona, nakong eo e ba etsahalletseng, they don’t even know how to handle the situation ka mokhoa oo ba ka tsebang to survive habonolo kahar’a community tsa bona. Re tlohelle le hore feela ha re e-s’o ba etse stigmatize, ke mokhoa ona ba qetelletseng ba e pata le ho e pata ha e se e le teng. Ba leka ho etsa back door abortions, ba qetelle ba lahlehetsoe ke maphelo.

Bahlomphehi, ‘na ke kopa ke shebe lintlha tse peli tabeng ena ea pregnancy ea adolescents. Ntle le taba ea hore re ka re mohlomong ke boits’oaro ba bona ba ho se tsebe, le ho ba vulnerable, e ‘ngoe ea lintho tseo e ntseng e le contributing factor e ka holimo, ke hore bana bana ba etsoa influence ke maemo a moruo kapa kabo ea moruo ka hare ho naha ea rona.

Ba ba le relationships tsena tseo ba bang le tsona le batho ba baholo. Ebe ba ts’oaetsoa HIV/AIDs, bana ba baroetsana. Bana ba bahlankana prevalence e tlase. Ba ba pregnant kapa batho ba ba etselitseng bana eba batho ba baholo. Ke taba ea moruo oa naha ena ea rona o putlameng. Ke taba ea ho hlokahala hoa mekhoa ea boipheliso kahar’a sechaba sena sa rona sa Basotho.

E ‘ngoe ea lintho tseo re tlamehang ho imamella tsona re le naha, is to intensify mekhoa ea tlhahiso ea mesebetsi, also to intensify mekhoa ea boipheliso.

Ke rialo hobane haeba batsoali ba ea hloka, joale bana bana ba banana ba sebelitse ka thata ho kena sekolo, empa menyetla, the opportunities, tse bang presented ka pela bacha ba naha ena ea Lesotho, boholo ba tsona li na le price tag. Either ke chelete, ha u se na eona ke connection ho tsoa lelapeng leno le malapeng a mang. Price tag e ‘ngoe e fihla e fetoha the transactional sex eo banna ba e etsang demand ho baroetsana bana.

Taba ena e mali-mabe, hore bo-ntate ba etse demand sexual favors ho bana ba banyenyane, hore ba tsebe ho ba thusa ka tseo ba li hlokang, e le hore ba tsebe ho phela, kapa menyetla eo ba e hlokang ea bophelo.

Taba ena e etsahallang bana ba basetsana, Madam President, bohloko ba eona ke hore, lilemo tsa baroetsana bao, li ntse li ts’oana le lilemo tsa bahlankana. Potso ke hore na haeba the situation of vulnerability lilemong tseo tsa bacha e ea ts’oana ho mohlankana le ho moroetsana. Joale, hobaneng ha batho ba bo-‘m’e, ba lilemong tsa rona, ba sa etse the transactional sex le bahlankana ka sekhahla see se bonahalang ho batho ba bo-ntate?

‘Na, I stand here today to call batho ba bo-ntate hore, lea tseba kannete ke boikarabello ba rona ho phelisa le ho sireletsa. Ha ho na lebaka la hore re itumelle hore ehlile re be li-perpetrator tsa tlhekefetso ea bacha. Potso ke hore na ka boits’oaro bona ba rona, re siela naha ee ea Lesotho baeta-pele ba kamoso ba mofuta ofe? Ba lipelo li bohloko hakae ba hlekefelitsoeng ka motabo? Ke rona batho ba tlamehang ho ba sireletsa. Batho ba hlekefetsang bana bana ka transactional sex, batho ba hlekefetsang bacha ka ho ba batla favors tsa thobalano, ke bana ba bitsoang blessers.

Taba ena e re, ke batho bao social and economic status se leng hantle hobane u ne u ke ke oa tseba hore u patale ngoana eno hore u robale le eena u se na chelete.

Eleng hore ke rona batho ba nang le mesebetsi, ke rona karolo ea Baeta-pele ba sechaba. Ke batho ba privileged, ke bahoebi, ke bona ba re senyetsang sechaba kapa ke rona ba senyang sechaba sena sa ka moso. Ke rona bahlekefetsi le batubi ba bacha bana.

Joale ke re, it is not only taba feela ea hore ho be le interventions tsa Lekala la Bophelo. Lekala la Thuto le tlameha le nke likhato tsena tse intensive tseo ba li nkileng hore ba bone hore bana ba tla fumana morning after pills, bana ba tla fumana lithibela pelei, bana ba tla ‘ne ba ee sekolong, le ha ba le pregnant.

Those are intervention measures that are very good. Feela metso kapa sesosa ke e ‘ngoe ea lintho tseo ke reng, re le Boeta-pele ba sechaba, ruri re tlameha re li ele hloko, re li emele ka maoto.

Mofumahali ‘Makholu le Komiti ea hae, le ba bang kaofela the activists tsa taba tsena tsa tlhekefetso ea bacha, ruri re tlameha re li emele ka maoto. Mona moo ba buang ka ts’ireletseho ea bacha, haholo baroetsana. Ha e ea tlameha e-be boikarabello ba bona ba le bang. Re tlameha re eme re be ntsoe leng, re khalemeleng ntho ena. Re bonahale re phutha boits’oaro ba rona le mabatha a rona mesebetsing ena. Beng ba eona rea tsebana.

Taba eno ha e le joalo, ebile e qoqoa litameneng le moo batho ba baholo ba kopaneng teng. Ba ikotla sefuba ka tsela eo ba etsang ka eona. Ba thakelana ka malebela hore na hore ba e etse ka tsela e safe ke ha e etsuoa joang. E ka hlaha e le ketsahalo feela ea hore ke taba ea thobalano le bana ba banyenyane, ba ntse ba rata le bona. Joale empa the depth of their scars, tse patehileng ka hare ho bona, re tla li bona ha ba ntse ba hola e-ba basali ba hlokang boikarabello, ba lipelo li bohloko, ba fetohang baluki ba khotso hohle moo ba leng teng.

Kannete ke ne ke re taba ena ke taba eo ke reng ke boikarabello ba ‘Muso oa Lesotho hore o ke o ntlafatse mekhoa ea ho ntlafatsa economy ea naha ena ea bo-rona. Ke boikarabello ba naha ena ea Lesotho, ka ‘Muso o teng, hore re ke re ele hloko distribution of wealth kahare ho naha ena. E se ke ea tsamaea ka favors hobane nako eo e tsamaeang ka favors, e siea the larger part and portion of our country marginalized to the access ea lintho tse hlahisoang ke naha ena ea bo-bona hore li ba phelise.

Ka ’nete ha ke buile hakana, ke ne ke re ke ananela le ho tlatsa haholo taba ena e buuoang ke Komiti ena e Khabane. Ke tlatsa mosebetsi ona o motle oo ba o entseng, le ho aka le ho ananela, le ho ema ka matla hore re ba thuseng, Bahlomphehi re le Baeta-pele, hore re bone hore sechaba sena sa rona se bacha, sechaba sena sa rona se baroetsana, se ea sirelletseha matsohong a rona.

Kea leboha.

HON. SENATOR S. MONATSI: Ke u lebohe, Madam President. Ke be ke u lumelise. Ke thabile haholo ha ke u bona kajeno. Ke se ke ile ka botsa hore haesale re fihla Ntlong e ncha mona, ha re e-s’o bone ‘M’a rona, ho etsahalang! Ke botsa ba bang ba basebetsi-‘moho le rona. Ebe ho etsahala joang? Ebe o oa kula? Hakere re se re ts’oha ‘M’e, hobane ‘na ke se ke ile ka botha ke bokuli.

Ke botsa ntate Molise mona, a re che ha u kule u ntse u tla tla. ‘M’e ke thabile ke taba eo hore rea u bona.

Ha ke kena litabeng tsena tsa bana ba pepang ba sa le banyenyane, ka ’nete ntate o se a buile ka thata. Le Komiti ea heso, kannete ‘M’e ‘Makholu o buile haholo ka thata. Le ea tlatsitseng litaba tsena tsa hae.

Joale ntho e ‘ngoe e kholo Madam President le Ntlo, ke drugs (botaoa, matekoane). Bana ba rona ha u ka ba bona mane sebakeng sa haeso sa Mapholaneng ha e le weekends, hoseng ha u re u oa tsamaea, u tla bona bananyana le bashanyana ba tsamaea ka maoto ba se na lieta, ba re fuu!

Kannete taba eno ea botaoa ba bana, bao u sa tsebeng hore na naha ena e ea hokae. Na e tla ba batho ba bokamoso bo joang, ba botaoa bo joalo! Kannete e tlameha le eona e ke e emeloe ka maoto, hore na ebe ha ho mpa hoa fuoa mapolesa molao oo e ka reng oa South Africa, hore ha motho a ka bonoa a ts’oere kh’otho feela seterateng, a koalloe o robale seleng.

Na ha ho bohlokoa hore taba ee re ke re e emeleng ka maoto hore botaoa bona bo phahame, ‘me bana ba tla tseba ho khoa mekhoeng ena eo baleng eona ea botaoa.

Kannete le mono moo ke lulang Lithoteng mono, ho na le moo ho thoeng ke 1818. Ha u re oa tjeka ka koloi, u tla fumana ha e le weekend ba tsamaea ka maoto ba se na lieta, ‘batho baa lieta tsa bona li ile kae?’.

Ke e ‘ngoe ea tse bakang taba ena ea hore batho ba ime ba le banyenyane, hobane hona mono bo-ausi le bo-abuti ha ho kopanoe mono, ho tla qhoma litaba tsona tseo ekareng tsena.

Hona rona batsoali, ngoana o tena a ea botaoeng, chelete o e nka hokae, ha e se ba ntse ba e fuoa ke rona? Ke rona sponsors tsa bona!

Joale ena eo ho buuoang ka eona ea hore, bo-’m’e mistress ke bona ba lekang ho bua le basetsana mane likolong, ehlile ke ‘nete.  Le rona Boeta-pele ha re bueng le bo-‘m’e lipitsong mona, re bueng re le bo-‘m’e hore, ‘hela uena ausi, boemo ha bo le tjena, se ke be oa kena litabeng tse itseng’.

 Re thibeng re se ke ra re ba tla fuoa lipilisi. Re ‘ne re e qoqeng hobane le rona ba bashemane joaloka ‘na monna oa Mosotho, rea joetsoa, “Hela, ’Mapharasoane enoa h’a etsa tjena pasopa, u se ke be oa etsa tjena le tjena.’’

Joale ha bohle ba khalemetsoe, sekolo se tlohe malapeng se ee sekolong koana. Le rona batsoali malapeng mona re buile ka thata hore bana qobang litaba tsena tse tjena hobane ho tla ba le ho itseng le ho itseng ka moso”.

Taba ena ehlile e kholo ‘M’e President, ebile ho se ntse ho na le moo ke tl’o ngola mona ka taba ena ea botaoa ba naha ena.

Naheng ea South Africa mono ea boahelaning le rona, ho na le ntho e ntle ea hore ha u ka bonoa u ts’oere lebekere kapa kh’otho seterateng, u robale seleng.

Taba ena kannete e tlameha e etsetsoe molao oa hore Mapolesa, fumanang matla a hore motho ha a tauoe seterateng mono, a robale seleng. Le haeba ke ntate kapa ke ‘m’e, le haeba ke ngoana. A be a ahloloe, ‘me re supe hore na kahlolo ebe bokae.

Ha ho ka hoa ahloloa ba babeli kapa ba bararo, ntho eno e tla khoa. Hore ha u ka bonoa u nts’o u mathaka ka kh’otho mona u tla ts’oaroa. Boits’oaro boo Basotho ba leng bona ba botaoa, ae kannete, Morena Molimo o ile a nthusa hore ke se ke ka noa joala. Ha ke noe, ha ke tsube, ke se ke bile ke tsofetse ke le mokana.

Madam President, ka mantsoe ana kannete ke kopa ho leboha, hore Komiti ea haeso e behile litaba tsena tse tjena. Joale re re kannete re mpe re li lokise Boeta-pele, Marena a rona ao re nang le ‘ona. Kannete ha re tsoeng re il’o bua le sechaba sa bo-ntate le bo-‘m’e, hore litaba tsena li qhome ka lapeng, hore ke matichere feela a rutang bana ka litaba tsena hore li kotsi, rona re thotse. Ntate o se a buile mona hore re tsokotsa li-tie tsena, joale ebe re ntse re matha honne ho thoe re ntse re etsa lintho lisele baneng ba sechaba mona. Ntho ena ha e ea nepahala hohang hobane –motho e mong a neng a nthuta a re: “ha u etsa ntho e mpe, u e qale ka hore na ha e ne e-ba ke oa hau ho ne ho tla etsahala joang, ha e ne eba ke ka lelapeng la ka ho etsahalang litaba tse?” Ae ka ‘nete Madam President! Kea leboha ka ‘nete hore ke akhetse melamunyana ena ea ka e ‘meli, e meraro. Kea leboha ‘M’e Molula-Setulo oa Komiti [Liatla]

MADAM PRESIDENT: Honourable Motsamai! Honourable Kanetsi ke u bone.

HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ha ke ea hlokomela hobane o ka mora’ka, nkabe ke ile ka mofa monyetla oa pele. Madam President, Tafole le Bahlomphehi Litho tse Khabane ke ne ke rata ho nts’a maikutlo e le ho tlatsetsa mosebetsi ona, feela ke nka ka taba ea hore qholotso e kholo eo Tlaleho ena e re fang eona, ke hore na kholiso le kholo kahar’a metse le metsana ea rona na e boemong bofeng? E leng ho re qholotso e kholo e tlang e le qholotso e ncha, e hlokang re e atamele ka mokhoa o matla ke hore, sechaba sa rona metseng le metsaneng ea habo rona, literopong ekasitana le makeisheneng a naha ea Lesotho ho bonahala ho e-na le ho hlepha hoa tsela eo sechaba se otloang ka eona, se hlorisoang ka eona. Taba ena e boetse e re khutlisetsa ho rona re le boetapele ba sechaba sena, ho aka mekhoa ea morao tjena e ka re thusang hore re tle ka litharollo boemong ba bophelo ba hona joale.

 Ke hore ha u se u e behile tjena Mofumahali ‘Makholu, ntho e kholo-kholo ke hore na nakong eo re tšoarang lipuisano le sechaba (Community Engagement) na re tseba ho tla ka thuto e tsebang ho arabela boemo ba hona joale? Le ho qholotsa maikarabello a mang a rona re le boetapele ba sechaba. Taba eno ke e nka e kaba taba ea bohlokoa eo re ka tšoanelang hore re sebetse ka eona hobane re hloka hore re ‘ne re kenye ka likelellong tsa sechaba sa rona, e leng sona se fanang ka kholiso baneng bana, e leng sona se kenyang letsoho boemong bona ba tlokotsi ena e re tjemetseng ea litlhekefetso le bokhachane bo sa reroang.

Taba eno is an issue of a moral decay, eo ha re ka ra tseba ho sebetsana le eona ka kutloisiso ea ho fetola li-attitude tsa rona le tsela ea rona. eo re sebetsang litaba ka eona, re e tlisa kahar’a mekhoa le meetlo ea rona re le sechaba sa Basotho, e ka re thusa haholo hore e tle e re fe leseli.

E ka boetse hape e re fe mokhoa o mocha oa new socialization eo re bang le eona maemong ana a hona joale. ‘Na ke nka e le taba ea bohlokoa haholo e tla re thusa hore re nke Mosotho e mong le e mong a na le litokelo kahare ho naha ea Lesotho. ‘Me litokelo tseno li ba hantle ha re tseba hore ea nkang boikarabello ba tsona o li tlisa boemong bo re fang seriti bophelong ba hona joale.

E le hore hee! ‘na ke nka e le qholotso e ncha Bahlomphehi Litho tse Khabane, hore re ke re eeng moo metseng ea rona ho ba ka tlas’a rona bao re sebetsang le bona ekasitana le mekhahlelo eohle ea sechaba. Hona ho tlameha ho etsahala, ka hore na re ka se etse sekoele, ka kutloisiso ea hore re tliseng maikarabello a macha, re le sechaba sa Basotho hobane boemo bona boo re leng ho bona bo batla bo re tšoenya haholo.

‘Bo tla be bo re ts’oenya haholo, ‘me bo bile bo tlisa le eona taba eane ea hore na re qala kae? Na re qala moo re reng ha re shebeng ho tloha khulisong ea likonyana, hobane haeba re se re re motsoali o hlotsoe ka tlung, e leng structure se haufi le rona, ha ka tlung re hlotsoe, ke mane moo re qalang ngoana enoa, moo ho thoeng ke likonyaneng. Ha re se re mo qala mono, re tšoanela re il’o tiisa hona mono ka hore na batho bana bao e leng bona baotli ba bana bana ba rona boemong ba likonyana, re ba file mekhoa efe ea hore ka thoko le hore re le fe tsena tsa thuto, empa taba ea moral instruction re e qala mono, re tle re tsebe ho etsa instill ka kelellong ea ngoana enoa hore, se ka nka pene ea ngoana e mong, se ka khoatha ngoana e mong joalo-joalo, ‘me re tla tloha re tle re tsebe ho ea ho eane oa boemo ba primary.

Empa ke bomalimabe hore mofuta ona oo re reng ke mofuta oa lithuto tse re thusang ho tlisa boleng le khuliso ho rona, ke oona oo re seng re o chechiselitse morao. Re se re se na lithuto tsane tsa Bibele hobane ke nka e le eona e haufinyane, empa likolong tsena tse ling, tse nang le Litumelo tse ling re ka ‘na ra tlisa litaba tsa Quran ho bona, feela tseo re reng ho bona re thuseng hore re kenye ntho ena molokong ona ka mokhoa oa kholiso, ‘me ke mona moo e tla tseba hore e ne e nyolohele holimo, e leng li-high school re be re il’o fihla moo re eang teng.

Empa ha re se re hlotsoe ke system eno, ‘me mona re bua ka taba ena ea hore na re tlisa botho ba rona joang kahar’a moloko o mocha. Ke mona moo ke reng, ha re se re hlotsoe ke tseno, ke mane moo re hlokang taba ena ea civic education ka thoko ho mabota a sekolo. Ke moo Marena a ka le tla ba bohlokoa haholo mane ho lona. Mono ke ha bo-lona, ke moo e reng ha re fumane taba ena ebe le ea ha marena a ka tlas’a lona, le bona le ba fe mokhoa oa hona joale oa hore na ho shejoa litaba joang. Ke hore nakong e fetileng, re ne re ntse re tseba ho na…

HON. SENATOR R. P. L. PEETE: Kea leboha. Ke utloa Ntate a ntse a tšoere hantle, ke ne ke mpa ke rata ho mo botsa feela hore na Mohlomphehi, ho na le taba mona eo ho thoeng ke democracy. Democracy e re bana ha ba sa thetsoa, ha ba shapuoe. Boholo ba rona ka mona, ntle le ba fokolang re hotse re tseba hore motho ha entse phoso motsoali oa hau oa u khalemela. Khalemelo eo a u fang eona ekaba ea ho nka lesoai, a u tšatšare habeli, hararo. Hona joale bana ha ba khalengoe ba banana le ba bashanyana.

 A ka u qosa hamper, ua kena chankaneng lilemo tse telele haholo, e le ha u khalemela ngoan’a hau, ka mokhoa oa ho monkela lesoai. Hona joale ngoana oa ngoanana o tsoa ka tlung, ntat’ae le ‘m’ae ba le teng. E re, ntat’ae h’a re: “hela! Ngoana u ea kae?” Ngoana o re, ke ea mabakeng a ka. A tenne ka mokhoa o sa amoheleheng, motho ha u ea ka ntle mane, to the community.

A apere liqepetsana tsena tse kana! A hlahisitse limpa, ho thoe ke li-stomach out. Ha u ke ke oa re letho, ho ngoan’a hau, u le motsoali oa ntate kapa eena oa ‘m’e. Ebe u ka re’ng Ntate ka impact ee, eo democracy e etsang ho sechaba sa rona na?

HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Kea leboha Madam President, Tafole le Honourable Peete. Potso ena ea hau e matla haholo Ntate feela ekanna eaba ke rona, re sa kang ra ipha Kutloisiso ena ea hore democracy na e reng. Lebaka, e le hobane ke ntse ke nahana hore le kahar’a democracy re ka tseba hore re holise bana bana ka tšabo le lerato le Bosotho boo re leng bona.

‘Na ke bona eka empa e le taba eno eo mpa re ileng ra e lahla. E! Re ne re khakhatha ka nako e ‘ngoe re sa khalemele ngoana. Empa re tlohile mono ho khakhatheng, ngoana o ntse a tšoanela a thijoe. Ka mokhoa o ntseng o tšoana, ka lebaka la hore re re ntho ena e se e tlohile likelellong tsena tsa rona tsa botho, ke mokhoa ona ke reng re ke re e nkeng ka koetliso, feela re e nke le kantle ka mona hape-hape, e le ha re re, e re hlotse ka mane ka maboteng a mane, re tsebe ho bona na re ka etsa joang.

‘Na ke ne ke nahana hore kannete ha se hakalo-kalo democracy. Empa le rona ho ne ho khutluoa boemong bo neng bo le bobe haholo, boo ho neng ho khakhathoa eaba ho se hothoe tlohellang ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe. O ne o kanna oa thiba ngoana oa re: “mona ke ha ka, ha ho sebetsoe litaba ka tsela e tjena!”

E leng ho re u kanna oa tlisa phafa ea leleme kapa ea ntho e bobebe, e ka etsang hore ngoana a utloisise hore mona ho joalo. Ua tseba Ntate, hore le kahare ho rona ka pusong ea rona re le Marena mane metseng le metsaneng, ha ngoana a bonahala a ne a se a tlisitsoe moreneng, e ‘ngoe ea tsona likhalemelo, e ne e ntse e le hore ha re ke re mofe lithupa tse peli, eseng tse mokhakhathang. Ha re ke re mo feng ntho e tla mo tšabisa ho etsa ntho ena.

Empa ‘na ke se ke maketse hore ha ngoana e le eno mono Ha Abia, a fositse kapa a fahlile sechaba, o ngolloa lengolo la ho lelekoa ho thoe a tsamaee, a tsoe kahar’a motse. Ae, enoa ha etsoe joalo!

Ngoan’enoa o ne a ts’oanetse a behoe taolong hobane joale a ke ke a fetoha boitšoarong. Ha re sa lule fatše le eena, re mo bontše hantle ho lokela ho etsahele, ho ke ke ha loka. Ke mokhoa ona le letsatsing lena, re tlamehang re be le li-social worker hohle. Ke hore tse tla tseba hore haeba motho enoa kelello ke eona e hanang, re mo kenya joang kahar’a Program.

Re mo ahlolela hore o tsamaea kahar’a Programme ea tlhabollo.  E tl’a be e le hore a tsebe hore re re: ‘Taba eo eleng eona, ke ena eseng eane e ka ‘nqane’.

Feela ntho e kholo-kholo e tla etsa hape-hape re ‘ne re buoe – ke hore ke ntse ke araba uena Ntate pele ke feta. E ntse e le ea hore Madam President Naha ena, e-na le mefuta e ‘meli ea tsamaiso ea melao. Ke molao ona oa rona oo re o bitsang oa li-Statutory Law, ona oa Paramente o etsoang ka Paramente.

Empa re boetse hape re na le molao o mong hape-hape oa rona oa Bosotho, e leng Molao oa Lerotholi. E leng ho re Molao oa rona oa Motheo, o re fa hore Naha ea rona e tataisoa ka Melao e ‘meli. Ebile re ea tseba ona oa rona oa Sesotho, o okha tsamaiso le boitlhahlobo ba oona ho tsoa hokae.

Ke rona re le Marena a Sehlooho, re e tlohelletse taba eno. Ke rona re le Marena a Sehlooho. Ha re tsoseletseng Lerotholi, re tsebe ho tseba hore leha re ntse re nka melao, e tsamaisoa ke ea Lerotholi feela, re fa modernization mokhoa oa hona joale, oa Morena oa Sehlooho oa hona joale, oa Mosotho oa hona joale, ke hore e leng ‘Ratification’.

Re tle re tsebe ho jara litaba tsena li le peli hobane re ke se e jare feela, ebe moo ho nang le bothata, ebe re se re ea makhotleng.

 Ho na le tsela eo toka le poelano ea sechaba sa Basotho esale e ntse e aheile ka eona. ‘Me eo ha re ka ra tseba ho e phamola ka pelenyana Bahlomphehi ba ka- kea tseba Morena oa ka, Morena Masupha eno ha ke se ke e buile ehlile ea mo tšoenya. Ea mo tšoenya hore re qaollotse marena a ka hore re tsebe ho bona hore Lerotholi le bua seo re se buang, le ho nchafatsa boemo ba hona joale re e tlisa mona.

Ke re ke ka tsela e ‘ngoe, eo e ka bang intervention boemong bona ba bokhachane bo sa reroang. Ke ka tsela ea hore na re tla joang ka bana ba ntseng ba lumela le malapa a reng, taolo ea bana bana ba rona ea re hlola. Re ka e etsang joang?

Ke re Bahlomphehi qholotso ke eno. ‘Na e ee e re ha Litlaleho tsena, ha li le tjena ekare re ka be re se re nka mokhekhetho oa rona oa ‘Action Points’; tseo re reng re bone Tlaleho e reng Madam President. Joale ha re se re e bone, ha re shebeng hore na ke eng eo re e nkang re tsoela-pele ka eona kapa e re susumetsang bana ba Executive ka eona.

Joale athe, ‘na empa ke re, re mekhahlelo e ‘meli. Re tsamaea ka literata tse peli, li lane tsa rona li peli. Ke lane ea Executive le lane ea rona e traditional. Ha re boneng hore rona re le sechaba sa Basotho, ka boetapele ba rona, ke life tseo re li nkang, re tsoelang-pele ka tsona.

 Ha re fumane Litlaleho tse ka reng tsena, tse re thusang ho hlabolla sechaba, ke hobane joale ena ke koluoa e matsohong a rona kaofela.  Ke hoa rona re le sechaba sa Basotho, hobane taba ena ke koluoa. Ke koluoa hobane e-na le metso e mengata, ke eona taba ena ea bokhachane bo sa reroang, HIV le tlhokahalo ea mesebetsi joale e fetoloang hore ho etsoe commercialise li-relationship.

Li-relationship tsena ha li se li le entse commercialize, Bahlomphehi le tsebe hore li tla etsa benefit ea nang le potomane ho feta ea senang potomane. ‘Me li tla re tlela le maemo ana.

 Kea leboha Bahlomphehi.

HON. SENATOR M. KANETSI: Ke kopa ho u hlompha Madam President, Tafole ea hau, Litho tse Khabane le moifo o teng ka mona. Ha ke sa tl’o bua hatelele kannete. Ke utloa litaba tsa ka li se li le covered ke libui tse buileng pele ho ‘na.

However, ke utloa eka ha ke mametse Tlaleho ena e bohlokoahali hakana, ea litaba tse amang bophelo le bana ba rona ba ntseng ba hola, re na le sekheo mona molaong ntle le haeba ha ke tsebe hantle hore na joale li-blesser tsee, tse fang bana ho etsoe joang ka tsona?

Ke ho re tse kenang likamanong tsa lerato le bana ba banyane. Re etsang joang, ho tiisa molao hore li-blesser le tsona li fumane punishment ea hore ba ntse ba re senyetsa sechaba? Ho na le sebui se ileng sa bua mona hore ha u ka re, ha e ne e le morali oa hau, u tla bona hore le sethunya a ka se nka, a lelekisa motho ea entseng morali oa hae joalo.

Ke hore sa sa nahane hore joale le eena o ntse a etsa oa morali e mong ka ‘nqa ena. E leng ho re ke bona ho na le sekheo Mohlomphehi mono.

E leng ho re ke moo, re ka boelang ra ipotsa hore na ho etsoa joang ka li-blesser tse senyang maphelo a bana? Ebile hantle-ntle le tsona ha li ba senye feela ka bokhachane. Li-blesser, li boela li ba senya ho feta le ka hoba taea hobane akere joale ba re, ba itaisetsa. Ba re ba itaisetsa joale ebe maemo a qetella a nolofetse ho fihlella mona.

E leng hore ke ne ke re, re tl’o sheba-shebang joalokaha Mohlomphehi Motsamai a re na ho uoa pele joang? Ke utloa eka e ‘ngoe ke eno ea hore ho tle, ho tl’o shejoa hore na molao o tiisoa joang ho li-blesser, le ho bana ba bang.

Ea bobeli Mohlomphehi oa ka, ke ea hore na Li-case tseo ebang ngoana o se a boletse, joale oa fihla o re, “ke ntate oa ka.” Ho etsoe joang? Ho se ntse ho tsebahala mohlomong feela hangata ho feta hanyane, ‘m’e o tla ema le eena a tšireletse hobane joale mohlomong, ntate ke eena a tlisang papa ka lapeng!

O tla tšireletsa litaba tsena, li kateloe. Re ntse re tlameha ho tla shebang hore na hantle litaba tsena li etsoa joang, ha se litaba tse bonolo hohang. Li bonolo ha re li buuoa. Feela ha li se li etsahala ka tlung ka mane, joale ntate a emelletse morali, morali a joetsitse ‘m’e, ‘m’e o etsa joang le ntate ka taba ee?

Molao o reng ha batsoali joale ba thotse ngoana a ntse a ntse a etsa suffer ka moo? Empa ntlheng e ‘ngoe, ebe ngoana o se a khahluoe ke taba ena ea ho robala le ntate, o se a tlala ‘m’e matsoho ha a mo khalemela. Joale ba se ba kopanela ‘m’e kahar’a malapa.

Ee, eona re tle re e sebetseng joang?   Ka nako e ‘ngoe hona moo, ho hlahe mafu ana ho be ho hlahe le bana ba entsoeng ke ena ntate. Ke ne ke re mohlomong ha re ntse re phetla taba ena, re tle re bone hore onion ena ha re ntse re phetla re ea tlaase, re se ke ra okola ka holimo ha re li sheba litaba tsena, feela ke litaba tseo re lokelang ho li sheba.

Ke se ke bua ka ntate haholo hobane joale a le haufi haholo. Ke hobane li-case tsena tseo re ntse re li fumana morao tjena, ehlile ke tsa batsoali. Li se li tlohile le ho bo-Malome mane le bo-Rangoane, ehlile li ka malapeng ka ho batsoali.

Ka nako e ‘ngoe molekane a qabane le molekane e mong, eba e mong oa ngala, oa ntate o sala a kena baneng. Joale ho etsoe joang ka litaba tseo? Litaba tsena li atile haholo li tebile li ngata, ke kopa re tle re li shebeng re se ke ra li okola ka holimo.

Empa joale e ‘ngoe hape eo ke utloileng e bohlokoa, ha Madam-Chairperson oa Komiti a teka taba, o itse re tle re shebe le hore na metseng mane joale re etsa joang ho thusa sechaba hore se bue ka litaba tsena. Ha re ntse re sheba mehleng eane ea rona ea khale, ho ne ho e-na le mane moo ho neng ho thoe ke thakaneng, moo e leng ho re litaba tsa banana li ne li tla buua teng, joale ha li sa le eo. E ntse e le hore na bana bana ba ikholisa joale hana ke mang ea buang le bona. Ke hore ba seng ba se na batsoali, ba seng ba lula ba le bang.

Mohlomong ba bang ba lula le batho ba seng ba le baholo haholo, bao ebileng ba se nang litsebo tsa litaba tsa morao-rao. So, haeba taba ena ngoana a sa e rutoa sekolong kapa a se kahar’a sekolo, ho bolela hore ngoana ea joalo, ea phelang motseng litaba tsena li mo pota kathoko.

E leng hore tse ling tsa litaba tseo re tlamehang ho li sheba, e ntse e le hore na sechabeng mane re ka etsang joang hore our community Health Workers, li boele li nke taba ena e le hore ha li bokanya batho, li hopole bacha. Li tle li hopole hore mohlomong ba etse li-group tse ka buang litaba tsena ho level ea motse e le hore le bana ba se nang mang oee, ba ikhulisang ba tle ba fumane litaba tsena joalo ka ba bang. E leng ho re ke taba eo ea ho kenyelletsa Sechaba hona litabeng tsena tsa thobalano.

Madam-President, e ntseng e hlahella hona tjena, in fact ha e hlahelle haufinyane, e ntseng e ja setsi ke ea hore le ha banana ba se ba imme, ebe joale ha ba bolela hore ke mang-mang. Ebe motho o re ha se ‘na, ke tla lumela hore ke ‘na ha ho entsoe test tsa paternity hore e fela el e ‘na. Joale bothata boo ke bo bonang ke bona ba hore batho ba batlang li-test tseo li etsoe, e le bo abuti kapa bo ntate; ba hana ho li patallla. O tla hana a itatole hore hase eena, joale ha ts’oanetse hore a re, e re nke ke tsoe ke nts’e ka pokothong ke tsebe hore taba ena ha se ea ka, ba hana ho li patalla. Joale bana bana u tla fumana e le ba se nang letho. Joale e be ba qetella ba sa fumana thuso hobane test ha ea etsoa, motho o hana ho mo patalla. Ke ne ke shebelletse case e ‘ngoe e le molisana maobane ea sapotang, a ntse a itiselitse linku tsa hae, a bolela hore o ne a robala le eena ebile a bolela, a re re ne re robala re sa its’ireletsa, feela ha ke tl’o nka boikarabello bona hobane ha ke tsebe hantle hore ke ‘na na!

Joale ha a botsoa ho re na o tla patala test, a re e-e! Ha ke tl’o patala hohang. E leng hore Molao moo o lokela ho tiea o be o hlake hore na joale motho ea batlang test ke manga lokelang ho patala. Joale nako eo ho ntse ho tjekisanoa ho etsoe joang? Ke hobane oa ausi o ne a re ke tl’o siea ngoana ho uena, e tle e re ha re ntse re batla li-test le uena oa be u nkile ngoana, ke sa holisitse ho lekane. So, Melao e tle e re hlakele mono hore na ho tsamaoe joang, rona ka mona re hle re e hlakise. Ke ne ke re re keneng tšimong, re hlakise melao ena.

Kea leboha Mohlomphehi.

The House Resumed.

MADAM-PRESIDENT: Litho te Khabane ke bona e k are ha ho sana litho tse emang ho bua. Empa ke batla hore feela pele ke beha taba, ke le lebohe ka ‘nete ke utloa eka Tlaleho ena ke Tlaleho e bohlokoa haholo e buang directly le Ntlo kapa Matlo a mabeli a Paramente ka Boeta Pele bona bo le leng bona.

Taba ha e se e le ka hare ho naha, e senyang sechaba, ha re sa emela hore e ‘ne e ee ka li-protocol tse itseng. Re se re e hlasela baa bohle kaofela, ka hohle kamoo re ka tsebang hore re pholose sechaba hobane naha ena ke ea rona kaofela. ‘Me haeba Makala a mabeli a tlile ho Ntlo ea Paramente hore a tšetlehe litaba tse tjena, e re ho rona na ha re tloha re utloile litaba tsena, ebe re etsa eng na?

Ho ntse ho qollotsoe litereke tse bonahalang li itlhomme pele, e leng Qacha, athe Thaba-Tseka ke moo ke utloileng Molula-Setulo oa Komiti a behileng litaba tsena a re, ba se ba na le morero oa hore ba ke ba chakele litaba tsa mofuta o joalo, hore ba il’o thusetsa le bona ka advocacy. Ba rute Sechaba seno, e le hore se tle se se ke sa timela ke ho hloka tsebo.

‘Me ke se ke ipiletsa ho lona le le Ntlo hore ruri litaba tsena li re ama bohle literekeng, hohle moo re leng hona teng libakeng tsa rona hore re nke khato, re etseng lipitso, re nkeng monyetla hohle moo re fuoang platform hore re sebelletseng hore sechaba se khutlele moo se lokelang hore se khutlele teng pele se fela. Re sechaba se senyenyane haholo se ka timelang ka nako e khutšoane ha re tlohelletse litaba tse kotsi hakana li ntse li tsoelapele.

‘Me joalo kaha Senator Motsamai a boletse, democracy ha se ntho e fihlang maobane ‘me ha ea tšoanela e fihlele sebakeng seo ekang ho ne ho sa pheloe. Re ntse re na le meetlo ea rona le mekhoa ea rona ea ho phela le ea tšebetso le ea kholiso. Ke hore e neng e ntse e le teng le pele re ka tlisa democracy ka hare ho rona. ‘Me litaba tseo, li matsohong a rona re le baetapele hore re ka tsoelapele ka tsona, re ntse re etse hlokolosi hore ha re hatikele litokelo tsa batho ba bang.

Taba ena ea Tlaleho ena ke utloa e le taba e kholo e buang haholo le Matlo a mabeli a na a Paramente. Le moo e bang ho lokela hore ho etsoe intervention ea melao, ke boikarabello ba rona re le Matlo a mabeli hore re etse intervention ea mofuta o joalo e le mokhoa oa ho fa batho ba tl’o hlanaka ntoa ena. Ha se ntoa ea boitšoaro feela hoba re utloile hore e tlisa mafu, ebile e tsoelapele le ka a mang a kang HIV and AIDS, Cancer lintho tsohle kaofela tseo e li tlisang-ha re sa e ele hloko.

‘Me ka ‘nete, ke nka monyetla hore ke lebohele le Ntlo hore le fumane information ea mofuta ona. Ke tšepa hore beng ba ka le tla sebetsa ka matla ho kena tšimong ka litaba tsena.

Question put and agreed.

MADAM-PRESIDENT: Rea leboha Litho tse Khabane, mosebetsi oa rona oa ka Ntlong o fella mona, ke boetse ke hopotsa Likomiti tsane tseo ho itsoeng li kopane hang ha Ntlo e phomola hore li tsoelepele ho kopana hona ka mona ka Chamber

ADJOURNMENT

There being no further Business on the Order Paper, MadamPresident Adjourned the House without Question put, pursuant to the Standing Order No. 16 (3).

The House was adjourned at 12:04p.m.