KINGDOM OF LESOTHO
PARLIAMENTARY DEBATES
SENATE CHAMBER
DAILY HANSARD
OFFICIAL REPORT OF THE SENATE
FIRST SESSION – ELEVENTH MEETING
ELEVENTH PARLIAMENT
Wednesday 10th September, 2025
PRESIDING OFFICERS:
- Madam President ’Mamonaheng Mokitimi
- Mr. Vice-President Tsukutlane Au
LENANE LA LITHO TSA NTLO EA MAHOSANA TSA PARAMENTE EA LESHOME LE MOTSO O MONG
| 1. Hon. Seeiso B. Seeiso | Principal Chief of Matsieng |
| 2. Hon. Joel A. Motšoene | Principal Chief of Leribe |
| 3. Hon. Sempe Gabasheane Masupha | Principal Chief of Ha ’Mamathe, Thupa-Kubu, Teya-Teyaneng le Jordan |
| 4. Hon. Mamolapo M. Q Majara | Principal Chief of Ha Majara |
| 5. Hon. Tumane Matela | Principal Chief of Makhoakhoeng |
| 6. Hon. Moeketsi Moletsane II | Principal Chief of Taung |
| 7. Hon. Lerotholi Mathealira Seeiso | Principal Chief of Mokhotlong |
| 8. Hon. Lerotholi L. Seeiso | Principal Chief of Likhoele |
| 9. Hon. Theko D. Bereng | Principal Chief of Phamong |
| 10. Hon. Mojela T. Makhaola | Principal Chief of Qacha’s Nek |
| 11.Hon. Seeiso S. H. Nkuebe | Principal Chief of Quthing |
| 12.Hon. Nthupi A. Bereng | Principal Chief of Rothe, Masite, Serooeng, Letšeng, Kolo Ha Mohlalefi le Thaba-Tseka Ha Ntaote |
| 13. Hon. K.L.K Khoabane Theko | Principal Chief of Thaba-Bosiu |
| 14. Hon. Mitchel S. Maama | Principal Chief of Ha Maama |
| 15. Hon. Moholobela M. Moholobela | Principal Chief of Matelile |
| 16. Hon. Bereng G. Seeiso Api | Principal Chief of Ha Ramabanta le Kubake |
| 17. Peete Lesaoana Peete | Principal Chief of Koeneng le Mapoteng |
| 18.Hon. ’Mako T.Mohale | Principal Chief of Tajane, Ha Ramoetsana le Ha Mohale |
| 19. Hon. Khoabane T. Mojela | Principal Chief of Tebang, Tšakholo le Ha Seleso |
| 20. Hon. Retšelisitsoe Mopeli | Principal Chief of Botha-Bothe |
| 21. Hon. Pontšo S. Mathealira | Principal Chief of Tsikoane, Peka le Kolbere |
| 22. Hon. Qeto Sekonyela | Principal Chief of Malingoaneng |
| 23. Hon. ’Mawinnie Kanetsi | Senator |
| 24. Hon. Lebona Khoaele | Senator |
| 25. Hon. Thabiso Lebese | Senator |
| 26. Hon. ’Maphakiso Lebona | Senator |
| 27. Hon. ’Mabataung Patricia Mokhathali | Senator |
| 28. Hon. Sehloho Henry Monatsi | Senator |
| 29. Hon. ’Makholu Moshoeshoe | Senator |
| 30. Hon. Neo Matjato Moteane | Senator |
| 31. Hon. Seabata Motsamai | Senator |
| 32. Hon.Richard Ramoeletsi | Senator |
| 33. Hon. Limpho Tau | Senator |
PARLIAMENT OF THE KINGDOM OF LESOTHO
SENATE CHAMBER
Wednesday 10th September, 2025
The House assembled at 10:30 a.m.
(MR VICE-PRESIDENT in the Chair)
PRAYER
The Chaplain led the House in Prayer
ANNOUNCEMENTS FROM THE CHAIR
MR. VICE -PRESIDENT: Kea le lumelisa, Litho tse Khabane.
Kea le bona, Bahlomphehi Matona a Khabane le uena Ntate Leader of the House, kea le hlompha beng ba ka, Tafole le bohle kaofela, kea le amohela letsatsing la Laboraro.
Ke na le Litsebiso tse fokolang kajeno:
- Joaloka ha Order Paper e bonts’a kajeno, mosebetsi oa rona o tla etelloa pele ke ho tekoa hoa Melaoana, e leng Subordinate Laws, ke e mong oa Bahlomphehi Matona a Khabane ba teng ka koano letsatsing lena.
- Kajeno ha Ntlo e phomola. Business Committee e tla kopana ka mane ka Ofising ea Mookameli. Ofisi ea Mookameli e hona Moahong ona; Litho tsa Business Committee lia e tseba hore na e hokae. Re tla kopanela hona ka mono hang ha Ntlo e phomola kajeno.
- Labone la 11 Loetsoe, 2025, Ntlo e tla hlahloba le ho ananela Litlaleho tsa Komiti ea Ketsa-molao le Komiti ea Litletlebo ka tatellano mabapi le tse latelang:
- Citizenship Amendment Bill, 2024
- Workmen’s Compensations Regulations 2025
- Tletlebo e mabapi le tefo ea litsieane tsa ts’ebetso tsa Mosebetsi oa mehleng oa Lekala la Thuto le Koetliso
- Komiti ea Bolisa e leng Government Assurances e tla etela Setsi sa Tlhabollo ea bats’oaruoa hang ha Ntlo e phomola.
- Litho tse Khabane tsa Ntlo li memeloa Pulong ea Ofisi ea Morena oa Sehlooho oa Butha-Buthe Ha Mopeli ka Labohlano la 12 Loetse, 2025. Ofisi e il’o buloa ke Mohlomphehi Tona-kholo. Joaloka ha ke ile ka hlalosa maobane, Mosebetsi ono o reretsoe hore re o qale ka hora ea leshome hoseng (10:00 a.m).
Kea leboha, Litsebiso li fella mona.
Next item, Mr. Clerk.
Point of Order ka Morena oa ka oa Lioli.
HON. SENATOR S. G MASUPHA: Ha ke hlomphe, uena Motlatsi oa President, Tafole ea hau, Bahlomphehi Matona a ka le Bahlomphehi ba ka.
Kea kholoa ke ntlha e khuts’oanyane e le ‘ngoe kapa tse peli. Ea pele, ke ea hore Mohlomphehi re koetse, ra phomola, ‘me o ile ua bontsa hore re phomotse nako e telele, kahoo ke ne ke lumela hore, Mohlomphehi, hore ha re khutla re tla fumana litsieane tsa rona tsa ho lula mona, tsena tseo re li tekenelang letsatsi le leng le le leng, empa ho fihlella hona joale ke bona ho sena nko ho tsoa lemina.
Ntlha ea bobeli, re ne re ile ra ea ka mane ka holim’a thaba, re il’o bona hore na khatelo-pele e se e le hakae ka Ntlo ea rona ka mane ka moo re il’o ba ka teng. Na ebe litaba tsee li se li le hakae? Na ebe re se re kile ra fuoa hore na ho hatetsoe pele hakae?
Ke cho tjena hobane mona moo ke lutseng teng ke pel’a Molula-Setulo oa litaba tsona tseno, empa esale re kopana ha ‘ngoe feela re le Komiti. Na esa ntse e le taba e nepahetseng hofihlela ka nako ee, ee ho kopanoang ha ‘ngoe feela ka selemo? Na Komiti ee e s’a ntse e-na le molemo ho rona re le Ntlo Mohlomphehi?
Kea leboha.
MR VICE -PRESIDENT: Morena oa ka, ke utloile ntlha ea hau ea Tsamaiso ea pele, feela ena ea Bobeli ha ke e utloe hantle; mohlomong u tla nthusa, u ke u e hlakise.
Ho ena ea Pele ea litsieane tsasitting allowances ehlile ha ho ile hoa eba le Tulo tjena, hoa nepahala hore le fumane litsieane tsa lona tsa ho tla Tulong mona nakong eohle eo le tlileng Tulong. Joale haeba ha ho etsahale joalo kapa ha hoa etsahala joalo, ha ho nepahale hore ebe ha hoa etsahala joalo.
Taba eo ke tsebang hore ke e ‘ngoe ea liphepetso tse kholo, ‘me eo re ts’oanelang hore re e fumanele tharolo – ke ntse ke bua le Tafole hona joale tjena e mpolela hore ba entse mosebetsi oohle oo ba neng ba ts’oanela ho o etsa hore Chelete e ee ho li-Account tsa lona. Joale mokhoa oa ho netefatsa hore chelete e fihlile ho lona, oo o s’a ntsane o le reliable kapa oo o sa ntsane o ts’epahala ke ho bua le mong’a chelete, a botsoe hore na chelete e fihlile. Mokhoa ona oa morao tjena ehlile o na le mathata haholo.
System ena eo re e sebelisang ea IFMIS kannete e na le mathata a maholo haholo. E fapana haholo le eane ea GOLFIS. Nakong ea GOLFIS, e leng Government of Lesotho Financial Information System, eo ha motho a ne a pataloa, a fuoa chelete ea hae, o ne a fuoa cheque a e tekenela ebe motho eo a mo fang eona o na le bopaki hore o fane ka tokomane ea hau ea boitsebiso, hore u nkile chelete.
Mokhoa ona oa morao oa Financial Integrated Management System, ha mohlanka a qeta ho etsa process chelete e ea Finance, ‘me eena o se a le lefifing le ts’abehang, o tla bolelloa ke ba Finance hore ba e fetisitse, e ile Central Bank! Eena ha a sa bona letho! O tla utloa ka uena hore a utloe hore u fumane chelete.
Ka ‘nete ke nka ese mokhoa o nepahetseng, ke nka ekare Lekala la Lichelete le ts’oanela le ke le chakele taba eno hore motho a lefang a be le mokhoa oa ho bona hore chelete e fihlile ho mong’a eona; eseng a tl’o tla a botsa.
Hona joale Ntate Clerk o mpolella hore o entse mosebetsi, empa ha chelete e sa fihla ho lona o ts’oanela a il’o fumana hore na what actually transpired. Ena ea bobeli ke ne ke kopa hore u nthuse hore u ke u e hlakise, Morena oa ka, ke tsebe hore ke tle ke tsebe ho e araba.
HON. SENATOR S.K. MASUPHA: Kea leboha, Mohlomphehi.
Ha ke mpe ke e behe ka tsela e ‘ngoe, Mohlomphehi: ke ile ka hlokomela hore ka nako e fetileng ho ile hoa eba le hore re qetelletse re bile re tsebela ‘moho le Ntlo. Ke re ke Setho sa Komiti eno, ke Setho sa eona, empa ha e le bonnete ha re kaba ra tseba hore na ho tla etsahala eng ka nako efeng! Na ntho eo e nepahetse, Mohlomphehi?
Ntlha ea bobeli, ke ea hore na ebe khatelo pele ea ka mane ka holimo ka moo re eang kateng ebe e-se ele hakae, re bona eka bonyane re tla falla neng? Mona moo re leng hona teng Ntlo ena e tsofetse maobane re qetile letsatsi machine ena e sa sebetse. E leng ho re e se e le sesupo sa hore ho na le mathata mona moo re leng hona teng,’me qetellong Ntlo ena e tla re oela holimo.
Kea leboha, Mohlomphehi.
MR VICE PRESIDENT: Ke ne ke re, Morena oa ka, ha ke qetela litaba tsane tsa pele ke hlalosetsoa hore e ‘ngoe ea liphephetso tse bang teng ke hore Litho tse Khabane li na le hore li fetole li-account number tsa tsona joale ebe ha li bolele. Ke e ‘ngoe ea lintho tse bakang li-problem, empa hee, ‘na ke ne ke re moo ho nang le specific problems ke hore Tafole e tle e tsebe, joale litaba tseno li tsebe ho saloa morao ke ba Finance le ba Central Bank, re tle re fumane hore na ho etsahetse’ng, hobane le lokela ho fumana lichelete tsa lona.
Ho ena ea bobeli Point of Order – kannete boeletsi ba ka e ne e kaba hore Komiti ena e sebetsanang le litaba tsena e tle e lule, joale ho bitsoe Bahlanka ba ke ba tle le tl’o tla le fumana hantle-ntle boemo ke bo feng – le ho ea mane le ts’oanela le ee le il’o ikholisa le se le fumane hore na boemo ke bo feng ha le le Komiti; le seke la re le tla tla le emela hore le tl’o laeloa ke Setulo hore na le etse’ng.
Ha le le Komiti le ts’oanela le lule fats’e le tle ka li- proposal, ho re, re batla re etse tjena, ‘me hoa rona ebe hore feela joale re le lokisetse moo re tlamehang hore Ntlo e lokise, moo Boetapele bo ts’oanelang hore bo le lokisetse bo le lokisetse ka tsela e proper, because ha le sa lokisetsoa ha le le Komiti leha le kaba la re le ea mono le tla fumana hore le ba le bothata ha le sa etsetsoa litokiso.
‘Na ke re Komiti ea lona ke kopa e lule joale re le fe Bahlanka ba tla tseba hore ba le thuse ba etse litokiso tsohle tse lokelang hore li etsoe hore joale le il’o bona hore na boemo ba litaba ke bofeng, feela hee boemo bo teng mono mohahong o mocha oa rona is that it is almost 95% complete, empa hee ha ken’o bua litaba tseno ka botebo. Ke kopa le lule mme le bitse li-officer ho etsahale tsohle tse lokelang ho etsahala ka initiative ea lona. Le seke la lula hobane joale hothoe le lule.
Kea leboha.
HON.SENATOR S.K. MASUPHA: Kea leboha, Mohlomphehi, ke Khotsofetse.
HON. SENATOR J.A. MOTSOENE: Kea leboha, Mohlomphehi.
Ke mpa feela ke qholotsehile, leha ke ne ke itse nke ke ka ema ka Ntlha ea Tsamaiso. Joale feela ho na le taba e itseng, qi, moo re le Litho re kopang tlhakisetso, Mohlomphehi! Ke le Setho ke kopa ke behe joalo, empa kea tseba Litho li ne li ke tsa botsa taba ena, ‘me ra ts’episoa karabelo, emopa le hona joale ha re e-s’o fumane karabo.
Mohlomphehi, kea kholoa re mpa re lakatsa ho tseba, kapa ke re ehlile re lakatsa ho tseba hore na budget ea Senate e neng e entsoe allocate e kae le hore ho sebelitse e kae? Ele hore liqholotso tsena tseo re li tholang tse sitisang ts’ebetso ea rona re tle re botse Letona le amehang kapa re botse ba ts’oaneloang ke lipotso tse joalo, hobane le teng kannete ha re sa tsebe budget re ntse re fihla re kena ka mona machine e- sa sebetse, re kena ka mona ka nako e ‘ngoe re sitoa le hore feela litaba tse ling re tle re ee libakeng tseo e ka bang re hloka hore re ee ho tsona, re fihle re etse the enquiries ka litaba tseo re nang le tsona re le Litho tsa Ntlo ebe re sitoa ho etsa hobane re sa tsebe hore na se teng, eleng budget ea Ntlo, ke bokae , e sebelitse’ng molemong oa Ntlo ee!
Kea leboha, Mohlomphehi!
MR VICE PRESIDENT: E-ea, Morena oa ka, ke belaela hore u ntse u sa ts’oareha hamonate ke taba eane ea ts’its’inyo e neng e entsoe ke Ntlo ena e Khabane ea hore Paramente e fuoe 3%, ele hore e se etse suffer ha e etsa mosebetsi oa eona, Likomiti li tsebe hore li tsamaee li ee hohle li il’o etsa mosebetsi. Ke belaela eka ekare mohlomong ke eona e ntseng e u belaetsa, feela hee ‘nete e salang ke hore mohlomong re ntse re ts’oanela ho sheba taba ena, Morena oaka!
Ka mane ka National Assembly ho na le Komiti eo ho thoeng ke ea Economic Cluster eo e leng hore e tl’o tla e sheba performance ea makala hore na ho sebelitse lichelete tse kae.
Ha ke tsebe hore na u batla ho etsa suggest hore le rona ka moo re ts’oanela ho be le Komiti eo eleng hore e ts’oanela hore e bitse Ntlo e tl’o fana ka litlaleho kapa e tl’o e hlahloba hore na ho ntse ho sebetsoa joang?
Kehobane litaba tsa budget li fitisitsoe ka mona li fitisoa ke eona Ntlo eona ena.
Kantle ho mono, eona Ntlo eona ena kapa Senate, se etsa litlaleho – hobane ka mane ka National Assembly ho na le Komiti eo eleng hore e fuoe boikarabello hore joale e il’o tlaleha litaba tsena periodically; ke sare ke on quarterly basis.
Ha ke tsebe mohlomong le ka mona re ntse re hloka hore re etse arrangement e joalo, feela uena ke utloa eka ekare u batla litaba tsa Senate feela hore na ho ntse ho sebetsoa joang?
Litaba li ntse li tlalehoa, ebile li tla tlalehoa. Kea kholoa ke hore u etse Potso, Mohlomphehi, ehlileng e otlolohileng. U il’o ngola Potso joale e tl’o arabeloa ka mona hore na ke chelete e kae eseng e sebelitse, le hore ke chelete e kae e neng e fuoe Senate, le hore na ke chelete e kae eseng e sebelisitsoe, Potso eno e tla arabeloa. Ke kopa hore ‘na boeletsi ba kake hore u il’o e ngola joale e tle e tsebe hore e tl’o arabeloa.
Hona tjena kea utloa hore u batla re fane ka tlaleho e joalo, empa ‘na ke ne ke kopa hore u tl’o e ngole joale e tle tsebe hore e tl’o tla e arabeloa ele Potso ka mona, hobane u na le tokelo ea ho etsa joalo.
Kea leboha.
Next Item, Mr Clerk.
TABLING OF SUBORDINATE LAWS
HON. N.M. MOTEANE (MINISTER OF PUBLIC WORKS AND TRANSPORT): I rise to table the following Subordinate Laws, Mr Vicer President:
- Lesotho Mounted Police Service (Administration) amendment regulations 2025 (Hon. Minister of Local Government, Chieftainship, Home Affairs and Police)
- Toll-gate (amendment) regulations, 2025 (Hon. Minister of Finance and Development Planning)
- Value Added Tax (Threshold for Registration of Vendors) (Amendment regulation 2025) Hon. Minister of Finance and Development Planning
- Liquor Licencing (Amendment) Regulation 2025 (Hon. Minister of Tourism, Sports, Arts, and Culture0
- Income Tax (Amendment of monetary Amounts) Regulations 2025 (Hon. Minister of Finance and Development Planning)
- Road Traffic (Amendment) Regulations 2025 (Hon. Minister of Public Works and Transport)
- Fuel and Services Control, Regulations, 2025 (Hon. Minister of Energy)
- Public Procurement Regulations, 2025 (Hon. Minister of Finance and Development Planning)
- Business Licensing and Registrations(Amendment) Regulations, 2025 (Hon. Minister of Trade Industry and Business Development)
- Explosives (Amendment) Regulations, 2025 (Hon. Minister of Trade Industry and Business Development)
MR VICE PRESIDENT: Next item, Mr Clerk.
ORAL ANSWERS TO QUESTIONS
70. REGULATIONS THAT ADMINISTRATE SMALL BUSINESSES
HON. SENATOR M. MOKHATHALI asked the Minister of Trade, Industry and small businesses to present regulations that govern the operations of small businesses that trade in Liquor.
She further askedwhich mechanisms are utilized by the Ministry to ensure that the above mentioned businesses operate within the confines of the law and that they safeguard the welfare of communities where they operate?
HON. SENATOR N.M. MOTEANE: Kea leboha, Mohlomphehi. Potso ena e-ne e isitsoe ho Trade and Industrial Small Business feela joale e bua ka litaba tsa Liqour Trade and Liquor Licensing. Re ikelelitse ho kopa hore e etsoe deffer e le hore the responsible Minister which is the Minister of Sports and Culture, e tle ebe eena ea tla e araba.
Kea leboha, Mohlomphehi.
Question No. 70 was Deferred
MR. VICE – PRESIDENT: Kea utloa, Mohlomphehi. Honourable Senator Motsamai.
HON. SENATOR S. MOTSAMAI: Ke lebohe, hle, Ntate Vice-President le Ntlo e Khabane.
Ke batla ho botsa tabeng ea hore na hoban’eng, Honourable Minister, taba ee e sa etsoa pele le tla moo?
Ke hobane haeba Potso e se e ile ea fihla, then ebe lona le tseba ho nelehetsana ka thapo ho feta hore le tle ka mona le tl’o bolela hore joale e ne e tšoanela ho ea koana – mohlomong ebe ho ka ba le mabaka a ka etsang hore re a utloisise?
MR. VICE – PRESIDENT: Mohlomphehi Letona le Khabane, ha re emele ho tšoara boemo bono feela ka koano, empa u boetse u Moeta-pele oa Ntlo ena e Khabane ea Senate.
Ke ne ke re ke u hlokomelise hore Potso eno e ne e se e na le stars tse peli. Taba ena e bolela hore e ne e le monyetla oa ho qetela oa Letona le ikarabellang hore le arabe Potso ena. Failure to answer that Question today e se e mo koalletse ka ntle, ha a sa tla hlola a e araba. E se e lokela hore e tl’o tla e arabeloa ke Moetapele oa Ntlo.
Joale ha a lokela hore a tl’o tla a e araba feela; o lokela a tl’o hlaloseta Ntlo ena e Khabane hore na ke hoban’eng ha Potso ena e sitiloe ho arajoa. E na le likhoeli tse kae Potso ee e botsitsoe?
The Leader of the House o tlameha hore a tl’o re hlalosetsa hore na ke hoban’eng ha Potso ena e nkile nako e telele hakana e sa arajoe. Ke ne ke re ke u hlokomelise hore kajeno e fumana star sa boraro, ‘me ha a sa tla hlola a e araba, e se e tlameha ho tla arajoa ke Leader of the House, hobane eena o se a hlotsoe ho e araba.
Ka’nete taba ena ea ho se arabe Lipotso ha e hantle, Bahlomphehi Litho tse Khabane. Ha se hantle hore Potso e tl’o fihlela stars tse tharo, ebe hohang Letona le se le hloloa ho e araba! Ha e hlahise Bahlomphehi Matona a rona hantle.
Kea ipiletsa, kea kopa hore e emise, Honourable Leader of the House, taba ena. Ka’nete ke ipiletsa ho uena, ke ipiletse ho Government Whip hore taba ena ha e’a lokela ho etsahala, hobane ha e hantle.
A-e, ua penya ha u batla ho bua Mohlomphehi oa ka. Ke Ntlha ea Tsamaiso kapa ke eng? A-e, u nyanyeletsa Potso e se e tlositsoe?
Litho tse Khabane, ha le batla ho botsa Lipotso lea ema, ke tsela ea tšebetso ea ka mona. Ha u batla ho botsa Potso ua ema, ua penya, ho sebetsoa joalo.
Kea leboha.
HON. SENATOR M. MOKHATHALI: Ke ema ka ntlha ea tsamaiso, Ntate, empa ke re ke hopotse Ntlo e Khabane le uena Ntate Vice-President hore Letona la Trade le kile la tla ka mona, la fana ka karabo e tšoanang hantle le eo Mohlomphehi Letona Moteane a e boletseng ea hore Potso e isitsoe Lekaleng le sa nepahalang. E leng ho re re kile ra fumana karabo e joalo. Joale taba ena e bontša hantle hore ha hoa tsotelleha hore Potso e isoe moo ho lokelang, hobane ke mona ho hlaha karabo e tšoanang le eo ho kileng hoa fanoa ka eona ka hará Ntlo ena.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi.
Litaba tsena joale ka ha re se re hlalositse li se li le Tafoleng ea Leader of the House, re lebeletse hore bekeng e tlang e se e tl’o ba eena ea tlo tla araba Potso ena, joale a re fa mabaka a hore na hoban’eng e sa arajoa ka nako. Mohlomong le tiisetso ea hore litaba tsa mofuta o joalo ha li sa tla etsahala.
Honourable Senator Monatsi, haeba oa nyanyeletsa ke itse ha ho na letho leo u ka le nyanyeletsang, hobane ha ho na karabo e teng.
Ke kopa hore re fetele Potsong e hlahlamang, Honourable Senator Lebona.
80. UNPAID ACTING ALLOWANCE
HON. SENATOR M.L. LEBONA asked the minister of Education and Training, whether the Minister is aware that Mr. Tankiso Makhabane whose Employment Number (0002446) had been temporarily appointed to act on a vacant position at Ntjepeleng Primary School from January 2015 to June 2024 but had not been paid his acting allowance to date. How soon will the Minister intervene?
HON. PROF. N. RAPAPA (MINISTER OF EDUCATION AND TRAINING): Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo.
Ho fihlile tlhokomelong ea Lekala hore Monghali Tankiso Makhabane oa Nomoro ea khiro ea 0002446, ea neng a thonyetsoe ho sebetsa nakoana sekheong sa mosebetsi sekolong sa mathomo sa Ntjepeleng ho tloha ka Pherekhong selemong sa 2015 ho fihlela ka Phupu selemong sa 2024, ha a s’o fumane litsiane tsa hae tsa botšoareli.
Lekala le se le ntse le sebetsa litsiane tse joalo; le tlhahlobo ea hore na Monghali o kolotoa bokae e se e qalile. Joale tšebetsong eo ho hlokomelehile hore konteraka ea hae e ile ea lahleha nakong ea ho feta, empa monghali Makhabane o se a ile a letsetsoa bekeng ena ea ho feta hore a tl’o tlatsa konteraka eo ea hae a tsebe ho sebeletsoa.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Honourable Senator Lebona.
HON. SENATOR M.L. LEBONA: Mohlomphehi Letona le Khabane, ke etsa Potso e nyanyeletsang mono karabong ea hau, Ntate, kea leboha u nkarabile hantle.
Na Lekala le hlokometse hore Mohlomphehi Tankiso Makhabane o na le lilemo tse robong le likhoeli tse tšeletseng a sebetsa ka hará sekolo se joalo, ‘me motšoareli eno o na e na le hore a arohane le chelete eo a ntseng a e khola ea botichere hore Sekolo se be le seriti joale ka ha school grant line e lieha ho fihla kapa e fihla e le boemong bo tlaase?
Na Lekala le elelletsoe hore taba eo e amme moputso oa hae oa likhoeli e seng oo a neng ao etsetsa act na?
MR. VICE-PRESIDENT: Mohlomphehi Letona le Khabane.
HON. PROF. N. RAPAPA: Kea leboha, Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo.
Taba ena eo Mohlomphehi a buang ka eona e ile ea eba taba e tlileng ka bolutu nako e telele ka hare ho Lekala la Thuto nakong eo Baokameli e neng e ntse e le Baokameli ba nakoana, eleng acting Principals. Ho ne ho fumaneha hore chelete e neng e fanoa ea ho patala acting Principals e nyenyane haholo, ‘me e ne e sa ba lekane. Joale empa re se re fetile mothati ono, ha re sa na batho ba etsang act nako e telele ena.
Leha ho le joalo, ke tle ho ena eo Mookameli a ileng a sebelisa chelete ea hae hore a ‘ne a phethe a mang a mabaka a sekolo. Re tla e hlahloba feela e batla e le thatanyana haholo haeba a sebelisitse chelete ea hae a sa fuoa tumello ea ho e sebelisa Sekolong mono.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane la Thuto le Koetliso, ka karabo eno.
81. NEED FOR CONSTRUCTION OF A POLICE POST
HON. SENATOR T.D.L. BERENG asked the Minister of Local Government, Chieftainship, Home Affairs and police if he is aware of the dire need of a Police Station at Hloahloeng and Qalabane areas due to an alarming rate of crime in those areas?
How soon shall the Ministry construct a police station in order to bring the situation under control in those mentioned areas?
HON. PROF. N. RAPAPA (on behalf of Minister of Local Government): Ntumelle ke hlokomelise Litho tse Khabane hore Lekala la haeso le etse hloko setša se fanoeng Mohale’s Hoek (Hloahloeng le Qalabane). Lekala le kahará morero o moholo oa aha metebo ea Sepolesa le ho lokisa e sa senyehang haholo naha ka bophara.
Taba ea likhaello tsa lichelete tsa ‘Muso li etsa hore taba ea khaho ea metebo ea Sepolesa e bonahale e tsamaea butle. Hloahleng le Qabane le tsona li teng kahará morero ona o moholo oa khaho ea metebo ea Sepolesa e mecha, ‘me hang ha maemo a lichelete a lumela, Hloahleng le Qabane ho tla ahoa selemong se tlang sa lichelete in 2026/2027.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha, Mohlomphehi Letona le Khabane.
Morena oa ka oa Phamong.
HON. SENATOR T.D.L. BERENG: Kea leboha, Ntate.
Potso ea ka e nyanyeletsang, ke hore ha sebakeng sa motebo o joalo chelete li sa be teng – ebe ho ke ke hoa etsoa park-homes feela moo Hloahleng le Qabane ele hore litšebeletso tsa Sepoelsa li be teng?
U tsebe, Ntate Minister, ha motho a tloha Tiping o nka matsatsi a mabeli ho ea fihla motebong oa Ha Sekake. Motho ha a tloha Ketane o nka matsatsi ho fihla motebong oa Semonkong.
Joale ebe ho ke ke hoa etsoa park-homes, hobane park-homes li teng Mohale’s Hoek mane, ‘me li ntse li lutse feela, Mohlomphehi.
Ekaka ha li tloha Sepoleseng sa khale li ka ea Sepoleseng se secha.
Kea leboha.
HON. PROF. N. RAPAPA: Kea leboha, Mohlophehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo.
Ka’nete ke leboha ka tlhahiso ena ea Morena oa ka – ‘me Lekala le tla il’o hlahloba taba ena hore na ebe ke taba e ka khonehang hore le tle le shebe na le ka e etsa joang, le hore na park-homes tseo li ntse li le maemong a ka sebetsang na.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Rea leboha Mohlomphehi Letona le Khabane, kannete ke utloa ekare Morena oa ka oa Phamong ha a lle feela ebile o boetse o fana ka li-solution le ka li-option tse ka etsoang ha ho ntse ho emetsoe hore ho tle ho etsoe meralo ea moshoelella ea nako e telele, ‘me kannete ke nka ho ka ba molemo haholo, e ka ba sechaba se abetsoe toka ha lits’isinyo tseno tse behiloeng ke Morena oa ka oa Sehlooho oa Phamong molemong oa Sechaba sa ha bo sa Phamong. Letona le Khabane le ka li sheba, ke utloa eka li ka thusana haholo. Morena oa ka oa Phamong ke kopa re fetele potsong ea hau e hlahlamang.
82. NEED FOR MEANS OF TRANSPORT AT POLICE POST
HON. SENATOR T.D.L. BERENG asked the Minister of Local Government, Chieftainship, Home Affairs and Police if he is aware of transport challenges at Phamong and Ketane Police Posts.
If so, how shall the Ministry provide those Posts with cars and horses as they are in dire need of transport to effectively provide services to areas under its jurisdiction. What plans are in place to tackle the shortage of transport at Police Posts across the country)
HON. PROF. N. RAPAPA: Kea leboha Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo. Ntumelle ke hlokomelise Litho tse Khabane hore Lekala la heso le hlokometse ka tlhokahalo ea lipalangoang metebong e seng e boletsoe ekasitana le e meng naha ka bophara. Lekala le ntse le arabela tlhoko eo ka ho reka makoloi, empa ho latela khahello ea lichelete le ntse le etsa ntoana la ngoana ngoanake. Ka hona le ntse le tla fihla metebong e seng e boletsoe. Ha nakoana ha ho na le bothata mookameli oa tikoloho ea Mohale’s Hoek o ntsa thusana ka koloi ea toropong,
Kea leboha.
HON SENATOR T.D.L. BERENG: Ke re na ntate Minister na u hlokometse hore Phamong moo le Ketane lipere ha li eo, transport ha e eo, ehlile ha ho na letho, batho ba ee ba kalimane ka lipere tsa bona le ka makoloi a bona ha ho etsahetse tlolo ea molao. Na oa hlokomela hore ba tla sitoa ho ts’oara litloli tsa molao hafeela ntho e joalo e sa loke?
Kea leboha.
HON. MIN. PROF N. RAPAPA: Kea leboha Mohlomphehi Motlatsi oa Mookameli, ke lebohe Mohlomphehi Morena oa ka ka potso ena e nyanyeletsang, ehlile ke ‘nete hore moo mokhoa oa ho tsamaea o leng sieo ehlile mosebetsi oa Sepolesa o tla ameha hampe, ‘me taba eo ke sa buang ka eona mona e ‘ngoe ke ea lipere tseo a buileng ka tsona, tsona re ntse re sa li reke ho fana ka tsona metebong ea sepelesa, ke hona re ntseng re sheba hore na litaba tsa phepo ea tsona li tla tsamaea joang, li tle li tsebe ho anela moo libaka li hlokang lipere haholo ho feta likoloi, empa re tla leka ho sheba sebaka sena sa habo ka tsela e khethehileng ha re ntse re etsa mosebetsi ona.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Re lebohile haholo Mohlomphehi Letona le Khabane ka hore ebe u arabile Lipotso tseno, ruri taba ena e bonts’a hore taba eane ea collective responsibility ehlile e ea phela kahare ho Lekhotla la Matona, ‘me ke taba e bohlokoa haholo Litho tse Khabane hore taba ea collective responsibility ebe e-ba teng, e etsa tsamaiso e ntle, e thellang hantle hobane ha Letona le itseng le le sieo mosebetsi ha o eme o tseba hore o tsoele-pele oa Ntlo ekasitana le mosebetsi oa office eno.
Ehlile ka ho etsa joalo ho phethahala polelo e mona ea Sesotho ea hore Morena ha a ete; Morena o lula a ntse a le teng hobane bosieong ba hae ho na le motho ea tla etsa mosebetsi lebitsong la hae, ‘me taba eno re e thoholetsa haholo Mohlomphehi kapa Litho tse Khabane tsa lekhotla la Matona. Ke mpa ke bona feela hore e khinetse haholo mane Potsong eane ea pele, empa ekare mona litaba li tsamaea hantle, ho ts’oanela ho re bonts’e moo litaba li tsamaeang hantle, re bolele hore mona litaba li tsamaea hantle re se ke ra sola moo li sa tsamaeeng hantle feela eaba re bonts’a hore litaba ha li tsamaee hantle, eare nako eo li tsamaeang hantle eaba ha re re letho re se re momela. Ke kopa re fetele Potsong e hlahlamang ka Morena oa ka oa Sehlooho oa Peka, Tsikoane le Kolbere. Morena oa ka.
83. CEMETRY SCHEME AT MAPUTSOE URBAN COUNCIL
HON. SENATOR P.S. MATHEALIRA asked the Minister of Local Government, Chieftainship, Home Affairs and Police the following:
- Is the Minister aware that the Maputsoe Urban Council has designated a piece of land, which was once a field, as a cemetery and that each resident (individual members of each family) aged thirty and above is charged a fee of M340 to have their dead buried on that land.
- Is the Minister also aware that according to estimates, the money to be collected is estimated to M900,000.00 while the landowner has only asked for a minimum of 250,000.00
- If the Minister is aware, can he enlighten the House if the Government is part of this scheme charging these exorbitant prices.
- What will become of the balance which is estimated at M650,000.00
- Will a person who has paid the M340 already, but who has to leave the Urban Council for marital and other reasons, get a refund)
Kea leboha Mohlomphehi.
MR. VICE-PRESIDENT: Kea leboha Morena oa ka.
Honourable Minister of Education and Training.
HON. PROF N. RAPAPA: Kea leboha Mohlompehi Motlatsi oa Mookameli oa Ntlo. Ntumelle ke hlokomelise Ntlo ena e Khabane hore Lekhotla la Teropo ea Maputsoe, le leseling hore sechaba sa Ha ’Mathata, Maputsoe, se ntse se bokelletsa chelete ho thusetsa morerong oa Council oa ho bona hore Maputsoe e ba le sebaka sa poloko ea bafu, se ka akaretsang metse e mengata ea Maputsoe.
Lekhotla la teropo le se le hatetse-pele ’me le se le kopane le Baeta-Pele ba sechaba seo, e leng Marena le monga mobu ho thusa hore ho phetheloe taba ena ea mobu e-be e nepahetseng ea hore mobu o bekhoe, o hlahlojoe, hore na o pasa ho ba oa mabitla le hore litjeho tsa oona ebe tse sa sekisetseng monga oona, kapa ho imetsa sechaba kapa eona Council Litlaleho tsa litsebi tsa mobu tsa tikoloho le bophelo bo botle, li se li nehelanoe ho Lekhotla la Teropo, ‘me lona le se le tla fetisetsa kopo ea phetolelo le phatlalatso ka Gazette ho Mohlomphehi Letona hore sebaka seo ebe sa poloko ea bafu ka molao. Ntlheng ea litjeo tsa bohle ba ka bang le thahasello ea ho boloka bafu ba bona moo, ke hona Council e entseng moralo hore theko ea mobu oo e tle e kenelle meralong ea ntlafatso ea Lekhotla la Teropo ea Mputsoe, e le ho imolla sechaba sa Ha ‘Mathata le metse e potileng Ha ‘Mathata.
Re hlalose hore morero o t’soanang o ile oa qaloa ka 2014, oa feta ka katleho motseng oa Mats’oaneng, Lebatooaneng la Ha Maqele. Sets’a se joalo sa mabitla se bile se na le Gazette ea 2024, tlas’a lebitso la Maputsoe Urban Council
Ho fihlela hajoale ha ho likhathatso tsa letho, Sechaba se boloka beng ka sona ka thello, ka hona leoa le ts’oanang le ntse le tla sebelisoa hona mona Ha ‘Mathata, ha e le tsena tsa litjeo tsona ke litaba tse ntseng li le tafoleng bakeng la Council, monga mobu le sechaba, hore li tle li khotsofatse bohle, Council le sechaba, ‘me tsona ha li ka ts’ela ena eo li e hlalositseng Potsong mona.
Kea leboha.
MR. VICE-PRESIDENT: Potso e nyanyeletsang ka Morena oa Tsikoane.
HON. SENATOR P.S. MATHEALIRA: Mohlomphehi kea leboha, leha Mohlomphehi Letona a ntse a re o ntse a e-s’o qete, ke ne ke utloa kapa ha a atlehe ho bala hantle Ntate, ke tle ke nyanyeletse kamorao.
Kea kokobela.
MR. VICE-PRESIDENT: U nts’oarele Ntate Minister, ke ne ke sa ela hloko hore ha u e-s’o qete, ke bone eka u s’o qetile, oo! U qetile Morena oa ka u ka tsoela-pele ka potso ea hau e nyanyeletsang.
HON. SENATOR P.S. MATHEALIRA: Kea leboha Mohlomphehi, e-e kannete, Leader of the House ha a ntoloke hantle. Ka ‘nete Mohlomphehi leha a re o qetile, ena ea ho qetela Potso e reng joale haeba motho a ka chencha sebaka sa ho phela kahare ho Council eno feela a sea lefile lichelete tseno joale ebe o tla fumana refund kapa ho tla etsahala joang?
Litaba tsena tsa Ha ‘Mathata Mohlomphehi oa ka leha u li araba ka tsela e tjena u re ke litaba tse tafoleng, litabeng tsa lichelete, ho se ho butsoe le account Lesotho PostBan e latelang: Account Number 103649022015 ke account ea ’Mathata Community, e butsoe ho thoe batho ba ts’ele chelete mono. Tlasa boemo boo re bo tsebang ba naha moo bacha ba hlokang mosebetsi, ha u na le bana ba bahlano ba seng ba fetile lilemo tse mashome a mararo joale u na le ntate le ‘m’e oa bo, sometimes palo ena eo ho thoeng setho ka setho se e patale, ena eo Mohlomphehi a arabang ka eona ea ‘Mats’oaneng, e-e ka ‘nete ehlile Gazette e teng, eo e re etselitseng bolutu. Maoba mona re tsoa ba le lelapa le leng le hlokahalloang ke morali oa lona eo ho thoeng ke ’m’e ‘Mateboho Tlabaki, a hlokahalloa ke morali.
Mats’oaneng teng ho ne ho pataloa makholo a mahlano ‘me ha u sa patala setopo sa hau ha ho na moo se patoang teng. Ke ile ka ba ka etsa taelo ea hore morena oa Hleoheng a pate motho eno, a tloha Ha Maqele a il’o patoa Hleoheng hobane joale ‘m’e enoa ke moits’okoli ea se nang moo a ka nkang teng, ho thoe o tlameha o il’o pata mofu mane ts’imong eane e rekiloeng ha u na le makholo a mahlano, moo ha u se na ‘ona ha ho na moo mofu oa hau a bolokoang teng. Ke ntho eo re ntseng re tlo e ts’oara le ka Ha ‘Mathata ka mona ha Mohlomphehi Letona a qeta ho etsa Gazette re tlo ba le problem eno ea hore bacha ha ho na moo ba sebetsang, ba ke ke ba ba le chelete e kana. Ho na le malapa a se nang letho.
TECHNICAL PROBLEM
HON. L. LEBONA: Mohlomphehi Mookameli oa Ntlo le lona Litho tse Khabane, ntumelleng ke etse Polelo mabapi le ho qhoma hoa mollo sebakeng se tsebahalang ka hore ke toting ea Ha Ts’osane (Ts’osane Dump Site).
Se etsahalang ke hore hoseng hoa la 6 Loetse khoeling e holimo, ha hora ea leshome le metso e ‘meli e fetile ka metsotso e seng mekae (after 12 midnight), molebeli oa thotobolo ea Ha Ts’osane o ile a utloa monko oa mosi le ho bona lelakabe la mollo kahar’a thotobolo. bBohle – haholo Mokhethoa, Bahlanka ba Lekhotla la ‘Masepala la Maseru le Litho tsa Lekhotla ba ile ba phallela moo mosi o kunkelang.
E ile ea e-ba bomali-mabe ba hore setsi sa rona sa Sepolesa se ile sa hloka koloi ea setima-mollo, hobane hofihlela hajoale koloi e ile tukisong, ‘me Sesole se ile sa sebelisa koloi ea sona ea setima-mollo ho leka ho loants’a mollo o neng o se o keketse haholo.
Ke hlalose hore thapameng ea Labohlano le etellang-pele ketsahalo ena ho ile hoa e-ba le lerole ke qobang kahar’a setereke sa Maseru, ‘me hona ho ile hoa etsa hore toti e fefohele mabaleng a malapa a haufi le thotobolo. Sena se ile sa halefisa baahi ba moo. Leha ho le joalo, Bahlanka ba Litho tsa Lekhotla la ‘Masepala le batho ba iphelisang ka ho bokella toti (waste pickers) ba ile ba potlakela Ha Ts’osane, ‘me ba ile ba phutha toti eo malapeng moo e neng e fefohetse teng ba e khutlisetsa kahar’a thotobolo.
Mohlomphehi Motsamaisi le Litho tse Khabane, re belaela hore bosiu ka khitla ho na le mohai ea neng a ntse a utloile bohloko, eaba o ikhethela ho chesa toti. Ho bonahala ho chesitsoe ka tlase mabapi le tsela e lebang Ts’enola eaba mollo o se o nyoloha o anela karolo e ‘ngoe ea toti.
Leha ho le joalo, bohle ba neng ba le teng tlas’a botataisi ba setsi sa sesole ba ile ba ts’ela metsi to create a barrier hore mollo o se ke oa anela kaofela le ho chesa lithapo tsa motlakase, ‘me sena se ile sa fihleloa ka katleho, leha mollo o ne o se o le matla haholo.
Ha letsatsi le phahama, Lekala la h’eso le ile la theola mechine e betlang tsela ho tsoa Makhotleng a Litereke a Berea le Maseru le ho tsoa ho company ea h’eso ea Executive Transport ho tlatselletsa setima-mollo sa Sesole ho loants’a le ho tima mollo.
Karolo e kholo ea mollo shoalaneng ea maobane e ile ea tingoa, ‘me letsatsing la kajeno mafapha ‘ohle le litsi tsa Sepolesa le Sesole li ntse li qetela ho tima mollo oo khakanyo e leng hore ha letsatsi le likela ba tla atleha ho tima mollo kaofela kahar’a thotobolo.
Leha ho le joalo Lekala la h’eso le sebetsa ka thata ka solutions for re-location of Ts’osane Dump Site to Ts’oeneng. Ngoahola ke ile ka etela naha ea Zimbabwe ho etsa boithuto moo ba neng ba na le bothata bo ts’oanang le ba Ha Ts’osane, empa ba atleha ho bo hlola. Re ile ra kopana le company ea Pomona Waste Management. Kamor’a ketelo eo company ea Pomona Waste Management e ile ea tla Lesotho ho tla etsa boithuto ka Ts’osane Dump Site le Ts’oeneng ka khoeli ea Ts’itoe. Ba ile ba boela ba khutlela Lesotho hape ba se ba tlisitse litsebi tsa li-engineer ka Pherekhong selemong se holimo moo ba ileng ba nka matsatsi a leshome ho potiela libaka tsena tse peli.
Ba ile ba fana ka report ka Tlhakubele. Hajoale ‘Masepala o phatlalalitse mosebetsi oa ho fumana consultant e tl’o alosa mosebetsi oa ho koala Ts’osane Dump Site le ho bula Ts’oeneng.
Lekhotla la ‘Masepala la Maseru le Lekala la Tikoloho le boetse la etela naha ea Korea ho il’o ithuta ka mokhoa oa ho fokotsa matlakala a fetelang toting, ‘me hajoale Lekala la h’eso le tla kena ts’ebetsong ea ho aha buy back centres sebakeng sa likhoere-khoere Matamong Ha Thetsane e le ho fokotsa toti e fetelang Ha Ts’osane, ‘me sena re se etsa e le karolo e kholo ea thotobolo ho leka ho laola toti e eang Ha Ts’osane.
Mohlomphehi Mookameli le Litho tse Khabane, ke qetelle ka ho ipeletsa ho sechaba se phelang tikolohong ea Ha Ts’osane hore se tsoele-pele ho ts’oarana ka matsoho le rona ho fenya bothata bona bo re hlahetseng, etsoe re matla ha re le ‘moho.
Ke boele ke nke monyetla oa ho leboha ba phalletseng ntoeng ena, ‘me ka ho khetholoha ke lebohe Mokhethoa, Lekhotla la ‘Masepala la Maseru le Makhotla a litereke a Berea le Maseru. Ruri Molimo a hlohonolofatse Lesotho le Basotho.
KHOTSO PULA NALA!
TECHNICAL PROBLEM
ADJOURNMENT
There being no further business on the Order Paper, Mr. Vice-President adjourned the House without Question put, pursuant to the Standing Order No. 16 (3).
The House was adjourned at 12:15 p.m.
